Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
May
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Laboraro, la 23 May

Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.—Baheb. 13:5.

Mantsoe a lengolo lena a lumellana le seo Jesu a ileng a se bua ka ho batla ’Muso pele le ho loka ha Molimo. (Mat. 6:33) Ka le leng moapostola Petrose o ile a botsa Jesu a re: “Re siile lintho tsohle ’me ra u latela; re tla fumana eng?” (Mat. 19:27) Ho e-na le ho nyatsa Petrose ka ho mo botsa potso eo, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore ba tla putsoa haeba ba itela. Baapostola ba hae ba tšepahalang le batho ba bang ba tla busa le eena leholimong. Le hona joale barutuoa bohle ba fumana moputso. Jesu o ile a re: “E mong le e mong ea siileng matlo kapa barab’abo kapa baralib’abo kapa ntate kapa ’mè kapa bana kapa masimo ka lebaka la lebitso la ka o tla amohela ho eketsehileng ka makhetlo a mangata ’me o tla rua bophelo bo sa feleng.” (Mat. 19:29) Barutuoa ba hae ba ne ba tla fumana litlhohonolofatso tse fetang hole lintho tseo ba li tetseng. Na balumeli-’moho le rona ha ba bohlokoa ho feta lintho le ha e le life tseo re li tetseng bakeng sa ’Muso? w16.12 4:4, 5

La 21-27 May
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | May

La 21-27 May

Mareka 11–12

  • Pina ea 34 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “O Akhetse ho Fetang ha Bohle”: (10 mets.)

    • Mar 12:41, 42—Jesu o ile a bona mohlolohali ea futsanehileng a akhela licheletana tse peli tsa tšepe tsa boleng bo tlaase ka matloleng a polokelo tempeleng (“matlōle a polokelo ea matlotlo,” “licheletana tse peli tsa tšepe,” “tsa boleng bo bonyenyane haholo” nwtsty litlhaloso tsa Mar 12:41, 42)

    • Mar 12:43—Jesu o ile a ananela mpho ea hae hoo a ileng a bua ka taba eo ho barutuoa ba hae (w97 10/15 16-17 ¶16-17)

    • Mar 12:44—Molimo o ne a nka mpho ea mohlolohali eo e le ea bohlokoahali (w97 10/15 17 ¶17; w87 12/1 30 ¶1;cl 185 ¶15)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mar 11:17—Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re tempele ke “ntlo ea thapelo ea lichaba tsohle”? (“ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle” nwtsty litlhaloso tsa Mar 11:17)

    • Mar 11:27, 28—Bahanyetsi ba Jesu ba ne ba bua ka “lintho” life? (jy 244 ¶7)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar 12:13-27

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.

  • Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Mong’a ntlo o u bolella hore o hlokahaletsoe ke mong’ka eena.

  • Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 118

  • Ho ba le tumelo ho Jehova ho re thusa ho etsa lintho tse kholo: (15 mets.) Bapala video.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Khao. 8 ¶1-10

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 98 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | March

BEKE EA LA 21-27 MAY, 2018

23 Jehova o re Khalemela Hobane a re Rata

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela