Labohlano, la 18 May
Joalokaha ’mele o se nang moea o shoele, kahoo le tumelo e se nang mesebetsi e shoele.—Jak. 2:26.
Lengolo la Jakobo le hlalosa hore tumelo ea Bokreste hase feela taba ea ho lumela; empa e bonahatsoa ka liketso. Jakobo o ile a re: “Mpontše tumelo ea hao kantle le mesebetsi, ’me ’na ke tla u bontša tumelo ea ka ka mesebetsi ea ka.” (Jak. 2:18) Jakobo o ile a tsoela pele ’me a bontša phapang pakeng tsa ho lumela feela le ho bontša hore motho o na le tumelo. Bademona baa lumela hore Molimo o teng, empa ha ba na tumelo ea sebele. Ho e-na le hoo, ba etsa lintho tse khahlanong le morero oa Molimo. (Jak. 2:19, 20) Empa ha Jakobo a bua ka monna e mong oa mehleng ea khale ea neng a e-na le tumelo, o ile a botsa a re: “Na ha hoa ka ha boleloa hore ntat’a rōna Abrahama o lokile ka mesebetsi ka mor’a hore a nyehele mora oa hae Isaka aletareng? Ua bona hore tumelo ea hae e ile ea sebetsa hammoho le mesebetsi ea hae ’me ka mesebetsi ea hae tumelo ea hae e ile ea etsoa e phethahetseng.” (Jak. 2:21-23) Jakobo o ile a hatisa mantsoe a temana ea kajeno ka hore tumelo e lokela ho bonahatsoa ka liketso.—Jak. 2:21-23, 26. w16.10 4:8
La 14-20 May
Mareka 9–10
Pina ea 22 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Pono e Matlafatsang Tumelo”: (10 mets.)
Mar 9:1—Jesu o tšepisa ba bang ba baapostola ba hae hore ba tla bona pontšo ea khanya ea hae ha a se a busa ’Musong oa Molimo (w05 1/15 12 ¶9-10)
Mar 9:2-6—Petrose, Jakobo le Johanne ba bona Jesu a fetoha sebopeho ’me ho hlaha “Elia” le “Moshe” ba buisana le eena (w05 1/15 12 ¶11)
Mar 9:7—Ho utloahala lentsoe la Jehova a tiisa hore Jesu ke Mora oa hae (“lentsoe” nwtsty litlhaloso tsa Mar 9:7)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mar 10:6-9—Jesu o buile ka molao-motheo ofe mabapi le lenyalo? (w08 2/15 30 ¶8)
Mar 10:17, 18—Ke hobane’ng ha Jesu a ile a khalemela monna e mong ha a ne a mo bitsa “Mosuoe ea Molemo”? (“Mosuoe ea Molemo,” “Ha ho ea molemo, haese a le mong, Molimo.” nwtsty litlhaloso tsa Mar 10:17, 18)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar 9:1-13
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Video ea Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.
Puo: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) w04 5/15 30-31—Sehlooho: Jesu o ne a bolela’ng ka mantsoe a tlalehiloeng ho Mareka 10:25?
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Seo Molimo a se Kopantseng Hammoho . . . ”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea Ho Ratana le ho Hlomphana ho Momahanya Malapa.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Sehlomathiso se leqepheng la 215-218
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 66 le Thapelo