Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
May
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labone, la 24 May

Tumelo ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona.—Baheb. 11:1.

Ruri Bakreste ba ’nete ba na le tšepo e babatsehang! Kaofela ha rona, ebang re batlotsuoa kapa “linku tse ling,” re lebeletse ho bona ha morero oa Jehova oa qalong o phethahala ’me lebitso la hae le halaletsoa. (Joh. 10:16; Mat. 6:9, 10) Eo ke tebello e hlollang hakaakang! Re boetse re lebeletse ho phela ka ho sa feleng ‘maholimong a macha,’ kapa ‘lefatšeng le lecha’ leo Molimo a tla le tlisa. (2 Pet. 3:13) Empa hajoale, re tšepa hore batho ba Molimo ba tla tsoela pele ho atleha moeeng. Batho ba lefatšeng la Satane le bona ba na le tšepo, le hoja ba sa kholiseha hore seo ba se tšepileng se tla fela se etsahale. Mohlala, batho ba bangata ba bapalang lotto ba na le tšepo ea hore ba tla hapa chelete, empa ha baa kholiseha ka seo. Ha ka lehlakoreng le leng, tumelo ea sebele eona e le “tebello e tiisitsoeng” ea lintho tseo re nang le tšepo ea hore li tla etsahala. w16.10 3:1, 2

La 21-27 May
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | May

La 21-27 May

Mareka 11–12

  • Pina ea 34 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “O Akhetse ho Fetang ha Bohle”: (10 mets.)

    • Mar 12:41, 42—Jesu o ile a bona mohlolohali ea futsanehileng a akhela licheletana tse peli tsa tšepe tsa boleng bo tlaase ka matloleng a polokelo tempeleng (“matlōle a polokelo ea matlotlo,” “licheletana tse peli tsa tšepe,” “tsa boleng bo bonyenyane haholo” nwtsty litlhaloso tsa Mar 12:41, 42)

    • Mar 12:43—Jesu o ile a ananela mpho ea hae hoo a ileng a bua ka taba eo ho barutuoa ba hae (w97 10/15 16-17 ¶16-17)

    • Mar 12:44—Molimo o ne a nka mpho ea mohlolohali eo e le ea bohlokoahali (w97 10/15 17 ¶17; w87 12/1 30 ¶1;cl 185 ¶15)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mar 11:17—Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re tempele ke “ntlo ea thapelo ea lichaba tsohle”? (“ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle” nwtsty litlhaloso tsa Mar 11:17)

    • Mar 11:27, 28—Bahanyetsi ba Jesu ba ne ba bua ka “lintho” life? (jy 244 ¶7)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar 12:13-27

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.

  • Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Mong’a ntlo o u bolella hore o hlokahaletsoe ke mong’ka eena.

  • Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 118

  • Ho ba le tumelo ho Jehova ho re thusa ho etsa lintho tse kholo: (15 mets.) Bapala video.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Khao. 8 ¶1-10

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 98 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | March

BEKE EA LA 21-27 MAY, 2018

23 Jehova o re Khalemela Hobane a re Rata

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela