Labohlano, la 25 May
Ka tekanyo eo e mong le e mong a amohetseng mpho ka eona, le e sebelise ho sebeletsaneng. —1 Pet. 4:10.
Jehova o re bontšitse mosa ka ho re fa lineo le bokhoni bo sa tšoaneng. Re ka sebelisa limpho tsena ho mo tlotlisa le ho thusa ba bang. (Bar. 12:4-8) Empa boemo ba rona ka phuthehong ea Molimo bo ka ’na ba fetoha. Nahana ka mohlala oa Jesu. Qalong, o ne a lula le Ntate oa hae feela leholimong. (Liprov. 8:22) Eaba o thusa Jehova ho bopa mangeloi a mang le lintho tse ling tsohle, ho akarelletsa le batho. (Bakol. 1:16) Hamorao Jesu o ile a fuoa kabelo e ncha ea hore a tle lefatšeng, a tsoaloa e le lesea ’me a hola ho fihlela e e-ba motho e moholo. (Bafil. 2:7) Ka mor’a hore Jesu a shoe, o ile a khutlela leholimong e le sebopuoa sa moea hore e il’o ba Morena oa ’Muso oa Molimo ka 1914. (Baheb. 2:9) Empa leo e ne e se lekhetlo la ho qetela a fuoa kabelo e ncha. Ka mor’a puso ea hae ea Lilemo Tse Sekete, Jesu o tla khutlisetsa puso ho Jehova, e le hore “Molimo e ka ba lintho tsohle ho e mong le e mong.”—1 Bakor. 15:28. w17.01 3:11, 12
La 21-27 May
Mareka 11–12
Pina ea 34 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“O Akhetse ho Fetang ha Bohle”: (10 mets.)
Mar 12:41, 42—Jesu o ile a bona mohlolohali ea futsanehileng a akhela licheletana tse peli tsa tšepe tsa boleng bo tlaase ka matloleng a polokelo tempeleng (“matlōle a polokelo ea matlotlo,” “licheletana tse peli tsa tšepe,” “tsa boleng bo bonyenyane haholo” nwtsty litlhaloso tsa Mar 12:41, 42)
Mar 12:43—Jesu o ile a ananela mpho ea hae hoo a ileng a bua ka taba eo ho barutuoa ba hae (w97 10/15 16-17 ¶16-17)
Mar 12:44—Molimo o ne a nka mpho ea mohlolohali eo e le ea bohlokoahali (w97 10/15 17 ¶17; w87 12/1 30 ¶1;cl 185 ¶15)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mar 11:17—Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re tempele ke “ntlo ea thapelo ea lichaba tsohle”? (“ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle” nwtsty litlhaloso tsa Mar 11:17)
Mar 11:27, 28—Bahanyetsi ba Jesu ba ne ba bua ka “lintho” life? (jy 244 ¶7)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar 12:13-27
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Mong’a ntlo o u bolella hore o hlokahaletsoe ke mong’ka eena.
Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Ho ba le tumelo ho Jehova ho re thusa ho etsa lintho tse kholo: (15 mets.) Bapala video.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Khao. 8 ¶1-10
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 98 le Thapelo