Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
May
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labone, la 31 May

[Josafate a etsa] se nepahetseng mahlong a Jehova. —2 Likron. 20:32.

Joaloka ntata’e, Josafate o ile a khothalletsa batho ho batla Jehova. O ile a etsa seo ka ho hlophisa hore Bajuda ba rutoe ho sebelisa “buka ea Molao oa Jehova.” (2 Likron. 17:7-10) O ile a ba a etela karolong e ka leboea ea Iseraele ho batho ba sebakeng se lithaba sa Efraime, ho ba “khutlisetsa ho Jehova.” (2 Likron. 19:4) Kaofela ha rona re ka kenya letsoho mosebetsing oo Jehova a o hlophisitseng kajeno oa ho bolela litaba tse molemo. Na u ikemiselitse ho ruta batho Lentsoe la Molimo khoeli le khoeli, le ho ba khothalletsa ho sebeletsa Molimo? Na ke ntho eo u e rapellang? Ha u sebetsa ka thata hore u be le thuto ea Bibele, Molimo o tla u hlohonolofatsa. Na u nka seo e le sa bohlokoa hoo u ka telang nako ea hao? Hape, joalokaha Josafate a ile a ea Efraime ho ea thusa batho hore ba khutlele borapeling ba ’nete, le rona re ka leka ho thusa ba seng ba khaolitse ho sebeletsa Jehova. w17.03 3:10, 11

La 28 May–3 June
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | May

La 28 May–la 3 June

Mareka 13–14

  • Pina ea 55 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Qoba Leraba la ho Tšaba Batho”: (10 mets.)

    • Mar 14:29, 31—Baapostola ba ne ba sa ikemisetsa ho latola Jesu

    • Mar 14:50—Ha Jesu a tšoaroa, baapostola bohle ba ile ba mo lahla kherehloa eaba ba tšola tlhako morong

    • Mar 14:47, 54, 66-72—Petrose o ne a le sebete sa ho sireletsa Jesu a ba a mo latela a le hojana empa hamorao o ile a latola Jesu ka makhetlo a mararo (ia 200 ¶14; it-2 619 ¶6)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mar 14:51, 52—Mohlankana ea ileng “a baleha a hlobotse” ke mang? (w08 2/15 30 ¶6)

    • Mar 14:60-62—Ke hobane’ng ha Jesu a ile a khetha ho araba potso ea moprista ea phahameng? (jy 287 ¶4)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar 14:43-59

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Mo memele libokeng.

  • Leeto la Boraro la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u tla le sebelisa e be u buella sengoliloeng se ithutoang.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ho tlaase ho moo) bh 171-172 ¶17-18.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 73

  • “Jehova o Tla U Thusa Hore U be Sebete”: (15 mets.) Puisano. Bapala video.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Khao. 8 ¶11-18

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 81 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | March

BEKE EA LA 28 MAY, 2018–3 JUNE, 2018

28 “Mamelang Taeo ’Me le Hlalefe”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela