Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
June
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Laboraro, la 13 June

Letsoho la Jehova ha lea khutsufala hoo le ke keng la pholosa.—Esa. 59:1.

Nakoana ka mor’a hore Baiseraele ba lokolloe ka mohlolo bokhobeng Egepeta, Baamaleke ba ile ba ba hlasela. Moshe o ile a laela Joshua ea sebete hore a etelle Baiseraele pele ntoeng. Ka nako e tšoanang, Moshe a nyolohela leralleng le haufi le moo, a e-na le Arone le Hure, e le hore ba bone se etsahalang moleng oa ntoa. Moshe o ile a sebelisa leano le ileng la atleha. O ile a nka molamu oa Molimo oa ’nete ’me a o phahamisetsa holimo. Ha a o phahamisitse, Jehova o ne a matlafatsa Baiseraele, ’me ba hlola Baamaleke. Empa ha letsoho la Moshe le khathala ’me le qala ho tepella, Baamaleke ba ne ba hlola. Arone le Hure ba ile “ba nka lejoe ’me ba le beha ka tlas’a [Moshe], eaba o lula holim’a lona; Arone le Hure ba tšehetsa matsoho a hae, e mong ka lehlakoreng lena ’me e mong ka lehlakoreng lane, hoo matsoho a hae a ileng a ema nģa e le ’ngoe ho fihlela letsatsi le likela.” Ha e le hantle, letsoho le matla la Molimo le ile la thusa Baiseraele hore ba hlole ntoeng eo.—Ex. 17:8-13. w16.09 1:5-7

La 11-17 June
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | June

La 11-17 June

Luka 1

  • Pina ea 137 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Ikokobetse Joaloka Maria”: (10 mets.)

    • [Bapala video ea Selelekela sa Luka.]

    • Lu 1:38—O ile a amohela kabelo ea hae ka boikokobetso (ia 149 ¶12)

    • Lu 1:46-55—O ile a rorisa Jehova ka ho qotsa Lentsoe la hae (ia 150-151 ¶15-16)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Lu 1:69—Ke’ng se boleloang ke “lenaka la poloko”? (“lenaka la poloko” litlhaloso tsa Lu 1:69, tse ho nwtsty-E)

    • Lu 1:76—Ke ka kutloisiso efe Johanne Mokolobetsi a neng a tla “tsamaea ka pel’a Jehova”? (“u tla tsamaea ka pel’a Jehova” litlhaloso tsa Lu 1:76, tse ho nwtsty-E)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 1:46-66

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.

  • Video ea Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.

  • Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 92

  • Litlhoko Tsa Phutheho: (8 mets.) Haeba li le sieo, buisanang ka lintlha tsa temana ea selemo ea 2018. (w18.01 8-9 ¶4-7)

  • Seo Mokhatlo o se Finyeletseng: (7 mets.) Bapala video ea Seo Mokhatlo o se Finyeletseng ea June.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv.Khao. 9 ¶1-12 le lebokose le leqepheng la 101.

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 58 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | April

BEKE EA LA 11-17 June, 2018

8 Sebeletsa Jehova, Molimo oa Tokoloho

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela