Labone, la 14 June
Ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho ’na.—Bar. 7:21.
Pauluse o ne a kholisehile hore o tla atleha ntoeng ena, haeba a itšetleha ka Jehova a bile a bontša tumelo sehlabelong sa Jesu sa thekollo. Na le rona re ka atleha? E, re ka atleha, ha re ntse re loantša bofokoli ba rona ba ho se phethahale. Ka ho etsa’ng? Ka ho etsisa Pauluse le ho itšetleha ka Jehova ka ho feletseng, ho e-na le ho itšetleha ka matla a rona le ka ho bontša tumelo sehlabelong sa thekollo. Ka linako tse ling, Molimo a ka re fa monyetla oa ho bontša hore na re amehile hakae ka bothata boo re nang le bona. Mohlala, re tla etsa’ng haeba re kula (kapa ho kula e mong ka lapeng) kapa haeba re tšoeroe ka leeme? Re lokela ho bontša hore re tšepile Jehova ka ho feletseng ka hore re mo kope hore a re fe matla e le hore re tšepahale, ’me re se ke ra felloa ke thabo. (Bafil. 4:13) Lintho tse ileng tsa etsahalla Bakreste ba bangata mehleng ea Pauluse le mehleng ena, li bontša hore thapelo e ka re fa matla ’me ea etsa hore re be sebete e le hore re tsoele pele ka mamello. w16.09 2:14, 15
La 11-17 June
Luka 1
Pina ea 137 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Ikokobetse Joaloka Maria”: (10 mets.)
[Bapala video ea Selelekela sa Luka.]
Lu 1:38—O ile a amohela kabelo ea hae ka boikokobetso (ia 149 ¶12)
Lu 1:46-55—O ile a rorisa Jehova ka ho qotsa Lentsoe la hae (ia 150-151 ¶15-16)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 1:69—Ke’ng se boleloang ke “lenaka la poloko”? (“lenaka la poloko” litlhaloso tsa Lu 1:69, tse ho nwtsty-E)
Lu 1:76—Ke ka kutloisiso efe Johanne Mokolobetsi a neng a tla “tsamaea ka pel’a Jehova”? (“u tla tsamaea ka pel’a Jehova” litlhaloso tsa Lu 1:76, tse ho nwtsty-E)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 1:46-66
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Video ea Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.
Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Litlhoko Tsa Phutheho: (8 mets.) Haeba li le sieo, buisanang ka lintlha tsa temana ea selemo ea 2018. (w18.01 8-9 ¶4-7)
Seo Mokhatlo o se Finyeletseng: (7 mets.) Bapala video ea Seo Mokhatlo o se Finyeletseng ea June.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv.Khao. 9 ¶1-12 le lebokose le leqepheng la 101.
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 58 le Thapelo