Laboraro, la 25 February
Ea nahanang hore o eme a hlokomele hore a se ke a oa.—1 Bakor. 10:12.
Ho ka etsahala hore re hlole e meng ea mefokolo ea rona ka ho feletseng. Empa ho na le mefokolo eo re ka tlamehang ho e loantša ka nako e telele. Nahana ka mohlala oa moapostola Petrose. Ka lebaka la ho tšaba batho, o ile a latola Jesu ka makhetlo a mararo. (Mat. 26:69-75) Hamorao ho ile ha bonahala eka Petrose o hlotse bothata boo hobane ka sebete o ile a paka ka Jesu ka pel’a Lekhotla le Phahameng la Bajuda. (Lik. 5:27-29) Leha ho le joalo, lilemo hamorao, o ile a khaotsa ho ja le Bakreste ba Balichaba hobane a ne “a tšaba batho ba bolotseng.” (Bagal. 2:11, 12) Petrose o ne a se a boetse a tšaba batho hape. Mohlomong bofokoli bona o ne a sa bo hlola ka ho feletseng. Le rona joaloka Petrose re ka ’na ra tlameha ho loantša bofokoli boo re neng re se re nahana hore re se re bo hlotse. Leha ho le joalo, re ka khona ho hlola bofokoli boo re ntseng re bo loantša ka ho mamela mantsoe a Jesu a ho lula re falimehile. (Mat. 26:41) Le nakong eo u ikutloang eka u matla, tsoela pele ho qoba maemo a ka etsang hore u oele tekong. Tsoela pele ho etsa lintho tse ileng tsa u thusa hore u atlehe.—2 Pet. 3:14. w24.07 18-19 ¶17-19
LA 23 FEBRUARY–LA 1 MARCH
ESAIA 38-40
Pina ea 4 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
Molisa oa mehleng ea Iseraele o hakile nku
1. “O Tla Hlokomela Mohlape oa Hae Joaloka Molisa”
(10 mets.)
Jehova o ile a sireletsa Lentsoe la hae Bibele a ba a re fa lona ho re thusa hore re atamele haufi le eena (Esa 40:8; w23.02 2-3 ¶3-4)
O mosa ebile oa re tsotella (Esa 40:11; cl 69 ¶7)
O re tseba re le batho ka bomong ’me o re thusa hore re mamelle mathata (Esa 40:26-29; w18.01 8 ¶4-6)
SEO U KA NAHANANG KA SONA: Tsela eo Esaia 40:11 e hlalosang molisa ka eona, e etsa hore u ikutloe joang ka Jehova?
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 40:3—Mantsoe a temana ee a ile a phethahala joang ka lekhetlo la pele ha Jesu a ne a le lefatšeng? (ip-1 400 ¶7)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 40:21-31 (th khaolo ea 11)
4. Ha u Qala Moqoqo
(2 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Batla monyetla oa ho bolella motho eo u ntseng u bua le eena ka seo u ithutileng sona libokeng. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 3)
5. Ha u Qala Moqoqo
(2 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Batla monyetla oa ho bolella motho eo u ntseng u bua le eena ka mosebetsi oo u o etsang oa ho ruta batho Bibele. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 4)
6. Khutlela ho Batho
(2 mets.) KA NTLO LE NTLO. (lmd thuto ea 7 ntlha ea 5)
7. Ha u Etsa Barutuoa
(5 mets.) lff kakaretso ea khaolo ea 18, re ithutile’ng le seo u ka se etsang. Sebelisa sehlooho se hlahang tlas’a karolo ea “Batla” ho thusa motho eo u ithutang Bibele le eena ho bona hore Lipaki Tsa Jehova lia ratana. (lmd thuto ea 11 ntlha ea 3)
Pina ea 160
8. Tlaleho ea Tšebeletso ea Selemo le Selemo
(15 mets.) Puisano.
Ka mor’a ho bala tlaleho ea selemo le selemo e tsoang ofising ea lekala, e re bamameli ba bue ka lintlha tse khothatsang tseo ba li utloileng Tlalehong ea Selemo sa Tšebeletso ea Lipaki Tsa Jehova Lefatšeng Lohle ea 2025. Buisana le bahoeletsi bao u ba khethileng ba nang le lipale tse monate tsa lintho tse etsahetseng tšimong selemong se fetileng sa tšebeletso.
Page 15: Based on NASA/Visible Earth imagery
Selemong sa 2025, batho ba Jehova ba ile ba tsoela pele ba sebetsa ka thata mosebetsing oa ho ruta batho Bibele
Ke lintho life tse khothatsang tse Tlalehong ea Selemo sa Tšebeletso ea 2025 tseo u ka ratang ho bua ka tsona?
9. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 64-65