Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
March
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Laboraro, la 4 March

Ka mosa Molimo o leka ho u thusa hore u bake.—Bar. 2:4.

Saule oa Tarsase ke e mong oa batho ba ileng ba etsa lintho tse mpe ka tsela e makatsang. O ne a hlorisa barutuoa ba Jesu ka sehloho. Ho ka etsahala hore ebe Bakreste ba bangata ba ne ba bona e le motho ea ke keng a baka le ka mohla. Empa tsela eo Jesu a neng a sheba Saule ka eona e ne e fapane hole le eo batho ba neng ba mo sheba ka eona. Eena le Ntate oa hae ba ile ba bona makhabane ao Saule a neng a e-na le ’ona. Jesu o ile a re: “Monna enoa ke sejana seo ke se khethileng.” (Lik. 9:​15, nal.) Jesu o ile a ba a etsa mohlolo ho thusa Saule hore a bake. (Lik. 7:58–8:3; 9:​1-9, 17-20) Saule e ile ea e-ba Mokreste ’me hamorao a tsejoa e le moapostola Pauluse. O ile a leboha hore ebe Jehova le Jesu ba mo hauhetse le ho ba mosa ho eena. (1 Tim. 1:​12-15) Ka mor’a hore Pauluse a utloe hore ho hlahile boemo bo tšosang phuthehong ea Korinthe ba monna ea neng a entse boitšoaro bo bobe, o ile a etsa’ng? O ile a rarolla bothata boo ka tsela e bontšang hore Jehova o re khalemela hobane a re rata haholo ’me o batla hore le rona re hauhele ba bang ha ba bakile. w24.08 13 ¶15-16

La 2-⁠8 March
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tsebeletso—2026 | March

LA 2-8 MARCH

ESAIA 41-42

Pina ea 8 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. “U se ke oa Tšoha”

(10 mets.)

Jehova o tla phahamisa “motho ea tsoang bochabela” ea etsang hore batho ba thothomele (Esa 41:​2, 5; ip-2 21 ¶10)

Barapeli ba Jehova ha baa lokela ho tšoha letho (Esa 41:10; ijwbv sehlooho sa 5 ¶4-7)

Jehova o tla ba thusa (Esa 41:13)


NAHANISISA KA SENA: Boprofeta bo ho Esaia khaolo ea 41 bo thusa Bakreste joang kajeno?—w16.07 18 ¶4-5.

Lelapa le bala Bibele hammoho moo mosebetsi oa rona o thibetsoeng. Ntate o shebile ka fensetere ha ’mè le barali ba bona ba babeli ba ntse ba bala Bibele.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Esa 41:8—Jehova o ile a bontša joang hore Abrahama ke motsoalle oa hae? (w01 10/1 20 ¶3)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Esa 42:​1-13 (th khaolo ea 11)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Mong’a ntlo o bontša thahasello ebile o amohela memo ea Sehopotso. (lmd thuto ea 6 ntlha ea 4)

5. Ha u Qala Moqoqo

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Mema motho eo u amanang le eena Sehopotsong ebe u sebelisa jw.org ho mo thusa ho fumana sebaka se haufi le eena moo Sehopotso se tla tšoareloa teng. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 5)

6. Hlalosa Seo u se Lumelang

(5 mets.) Puo. ijwbq sehlooho sa 60: U ka Hlola Tšabo ea Lefu Joang? (th khaolo ea 1)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 19

7. Letšolo la ho Memela Batho Sehopotsong le Tla Qala ka Moqebelo oa la 7 March

(5 mets.) Puo ena e fanoe ke molebeli oa tšebeletso. Bolela hore na ho entsoe litokisetso life bakeng sa letšolo, puo e khethehileng le Sehopotso. Khothalletsa bohle ho eketsa tšebeletso ea bona likhoeling tsa March le April. Bahoeletsi ba ka khetha ho ba bo-pula-maliboho ba thusang ka lihora tse 15.

8. VIDEO ea Seo Mokhatlo o se Finyeletseng ea March

(10 mets.) Puisano.

Shebellang VIDEO ebe u botsa lipotso tse hlahang videong.

9. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 66-67

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 110 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2026 | January

Sehlooho se Ithutoang ka la 2-8 March, 2026

2 Tsoela Pele ho Bontša Hore oa Hlokomela Hore u “Hloka Molimo”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela