Laboraro, la 11 March
Le hloka ho ba le mamello.—Baheb. 10:36.
Bakreste ba Baheberu ba ne ba lokela ho mamella ha ba ntse ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova hobane maemo a Judea a ne a ntse a mpefala. Le hoja ba bang ba ile ba tobana le mahloriso a matla nakong e fetileng, ba bang ha baa ka ba tobana le ’ona. Moapostola Pauluse o ile a re le hoja ba ile ba mamella mathata ao a boima, ba lebelle ho hlorisoa ho isa boholeng ba hore ba bolaoe joaloka Jesu. (Baheb. 12:4) Bajuda ba bangata ba ne ba halefile haholo ba bile ba loana hobane batho ba bangata e ne e e-ba Bakreste. Lilemo tse seng kae pele ho moo, Bajuda ba fetang 40 ba ile “ba etsa ’mommori oa ho bolaea Pauluse ’me ba ikana hore ba ke ke ba ja kapa ba noa ho fihlela ba mo bolaile.” (Lik. 22:22; 23:12-14) Le hoja ba ne ba tla hlouoa le ho hlorisoa, Bakreste ba ne ba lokela ho tsoela pele ho bokana hammoho bakeng sa borapeli le ho bolela litaba tse monate e le hore tumelo ea bona e lule e le matla. w24.09 12 ¶15
LA 9-15 MARCH
ESAIA 43-44
Pina ea 63 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. Boprofeta bo Ileng ba Ngoloa Lilemo Tse 200 Pele bo Phethahala
(10 mets.)
Noka ea Babilona e tla “psha” (Esa 44:27; gm 123-124 ¶16-17)
Molaoli oa Persia ea bitsoang Saeruse e ne e tla ba “molisa” oa Molimo (Esa 44:28a; it “Saeruse” ¶7)
Saeruse o ne a tla romela batho ba Molimo Jerusalema e le hore ba tsosolose motse le tempele (Esd 1:1-3; Esa 44:28b; it “Saeruse” ¶17)
BATLISISA KA SENA: Saeruse o ile a etsa’ng ho phethahatsa lengolo la Esaia 45:1-4?
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 44:28—Re tseba joang hore Jehova ha aa ka a qobella Saeruse hore a mo sebeletse? (w24.02 30 ¶8)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 44:9-20 (th khaolo ea 10)
4. Ha u Qala Moqoqo
(1 mots.) KA NTLO LE NTLO. Fana ka memo ea Sehopotso. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 3)
5. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Memela motho eo u mo tsebang Sehopotsong. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 4)
6. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Kopa mohiri oa hao hore a u lumelle u ee Sehopotsong. (lmd thuto ea 6 ntlha ea 3)
7. Khutlela ho Batho
(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo ea ileng a amohela memo ea Sehopotso. (lmd thuto ea 7 ntlha ea 4)
Pina ea 69
8. Litlhoko Tsa Phutheho
(15 mets.)
9. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb selekela sa karolo ea 11 le thuto ea 68-69