Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
April
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Laboraro, la 1 April

Thato ea Ntate ke hore e mong le e mong ea amohelang Mora a bile a bontša hore o lumela ho eena a be le bophelo bo sa feleng.—Joh. 6:40.

Re lokela ho ba le tumelo sehlabelong sa Jesu seo e leng tefo ea topollo, e le hore re fumane bophelo bo sa feleng. (Baef. 1:7) Batho bao Jesu a ileng a re ke “linku tse ling” ha baa lokela ho ja bohobe kapa ho noa veine Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena. (Joh. 10:16) Leha ho le joalo, nama le mali a Jesu Kreste a ntse a ba tsoela molemo hobane ba bontša tumelo sehlabelong sa Jesu le litlhohonolofatsong tse tlisoang ke sona. (Joh. 6:53) Empa batho ba jang ba bontša hore ba tlas’a selekane se secha ebile ba na le tšepo ea ho busa ’Musong oa leholimo. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na re batlotsuoa kapa re ba linku tse ling, re lokela ho ba le tumelo e matla e le hore re fumane bophelo bo sa feleng. w24.12 13 ¶14, 16

’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa la 12 Nisane) Matheu 26:​1-5, 14-16; Luka 22:​1-6

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2026 | January

Sehlooho se Ithutoang ka la 30 March, 2026–la 5 April, 2026

26 Ruta ’Nete ka Mosa

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela