Laboraro, la 8 April
Jehova o sireletsa ba tšepahalang.—Pes. 31:23.
Ha re lula re le metsoalle e haufi ea Jehova, ha ho letho leo Satane a ka le etsang le ka re lematsang ka ho sa feleng. (1 Joh. 3:8) Lefatšeng le lecha Jehova o tla tsoela pele a sireletsa metsoalle ea hae e tšepahalang linthong tse ka senyang kamano ea bona le eena. O tla boela a ba sireletse e le hore ba se ke ba shoa. (Tšen. 21:4) Ke tlotla e kholo ho ba moeti tenteng ea Jehova le ho ba le kamano e ntle le eena e ka lulang e le teng ka ho sa feleng. (Ezek. 37:27) Re lokela ho itšoara joang haeba re batla ho tsoela pele re le baeti ba Jehova? Haeba u ne u ka memeloa ha motho e mong, u ne u ka batla ho tseba hore na o lebeletse hore u etse’ng. Ka ho tšoanang, re batla ho tseba hore na Jehova o lebeletse’ng ho batho ba batlang ho tsoela pele e le baeti. Lerato la rona ho Jehova le re susumeletsa ho etsa sohle seo re ka se khonang ho mo thabisa. (Bakol. 1:10) Re lokela ho lula re mo hlompha re sa lebale hore na ke mang ’me tlhompho e joalo e tla re thusa hore re qobe ho itšoara ka tsela e ke keng ea mo thabisa. Kannete re batla ho ‘tsamaea le Molimo oa rona re ikokobelitse.’—Mik. 6:8. w24.06 4 ¶8-9
LA 6-12 APRIL
ESAIA 50-51
Pina ea 88 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. Mamela eo Molimo a mo Rutileng
(10 mets.)
Jehova o ile a ruta Jesu pele a tla lefatšeng (Esa 50:4; kr 182 ¶5)
Jesu o ne a rata ho ithuta (Esa 50:5; cf 133 ¶13)
Batho ba tšabang Jehova ba mamela lentsoe la Mohlanka oa hae Jesu (Esa 50:10; Joh 10:27)
NAHANISISA KA SENA: Nka etsisa Jesu joang ka hore le ’na ke rate ho rutoa ke Jehova?—1Pe 2:21.
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 51:1—Temana ee e bolela’ng? (it “Koari” ¶2)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 50:1-11 (th khaolo ea 2)
4. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Bolella mosebetsi-’moho le uena ka Sehopotso. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 4)
5. Khutlela ho Batho
(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Memela mong’a ntlo ea neng a ile Sehopotsong libokeng. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 4)
6. Hlalosa Seo u se Lumelang
(5 mets.) Pontšo. ijwbq sehlooho sa 140 ¶4: Na ho Lumela ho Jesu ho Lekane Hore Motho a Pholosoe? (lmd thuto ea 11 ntlha ea 5)
Pina ea 99
7. Litlhoko Tsa Phutheho
(15 mets.)
8. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb selelekela sa karolo ea 12 le thuto ea 74-75