Labobeli, la 7 April
Jehova . . . ha a lakatse hore mang kapa mang a timetsoe.—2 Pet. 3:9.
Jehova oa re bolella hore na o ikutloa joang ka taba ea ho ahlola batho. (Ezek. 33:11) Jehova ha a potlakele ho timetsa batho ka ho sa feleng ntle leha a e-na le lebaka le utloahalang la ho etsa joalo. O mohau haholo ’me o o bontša ka linako tsohle ha ho khoneha. Ke eng eo re e tsebang ka batho ba sa tl’o tsosoa? Bibele e bua ka mehlala e seng mekae feela. Jesu o ile a bontša hore Judase Iskariota a ke ke a tsosoa. (Mar. 14:21; sheba le Johanne 17:12.) Judase o ne a tseba hore ntho eo a e entseng e ne e le khahlanong le Jehova le Mora oa hae empa o ile a e etsa ho ntse ho le joalo. (Sheba Mareka 3:29 le w07/15 leq. 18.) Ka tsela e tšoanang, Jesu o ile a re ba bang ba baeta-pele ba bolumeli ba neng ba mo hanyetsa ba ne ba tla shoa ba se na tšepo ea tsoho. (Mat. 23:33) Le moapostola Pauluse o ile a re bakoenehi ba sa bakeng ba ke ke ba tsosoa.—Baheb. 6:4-8; 10:29. w24.05 4 ¶10-11
LA 6-12 APRIL
ESAIA 50-51
Pina ea 88 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. Mamela eo Molimo a mo Rutileng
(10 mets.)
Jehova o ile a ruta Jesu pele a tla lefatšeng (Esa 50:4; kr 182 ¶5)
Jesu o ne a rata ho ithuta (Esa 50:5; cf 133 ¶13)
Batho ba tšabang Jehova ba mamela lentsoe la Mohlanka oa hae Jesu (Esa 50:10; Joh 10:27)
NAHANISISA KA SENA: Nka etsisa Jesu joang ka hore le ’na ke rate ho rutoa ke Jehova?—1Pe 2:21.
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 51:1—Temana ee e bolela’ng? (it “Koari” ¶2)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 50:1-11 (th khaolo ea 2)
4. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Bolella mosebetsi-’moho le uena ka Sehopotso. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 4)
5. Khutlela ho Batho
(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Memela mong’a ntlo ea neng a ile Sehopotsong libokeng. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 4)
6. Hlalosa Seo u se Lumelang
(5 mets.) Pontšo. ijwbq sehlooho sa 140 ¶4: Na ho Lumela ho Jesu ho Lekane Hore Motho a Pholosoe? (lmd thuto ea 11 ntlha ea 5)
Pina ea 99
7. Litlhoko Tsa Phutheho
(15 mets.)
8. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb selelekela sa karolo ea 12 le thuto ea 74-75