Labobeli, la 21 April
Ke tla khutla ebe ke le tlisa lapeng ho ’na.—Joh. 14:3.
Ke Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšepahalang feela ba tla nkoa. Jesu o tla ba kenya ’Musong o leholimong. Bakreste ba tlotsitsoeng ba sa falimehang ba ke ke ba bokelloa le “bakhethoa.” (Mat. 24:31) Ha e le hantle bahlanka bohle ba Molimo ba lokela ho lula ba falimehile ba bile ba tšepahala ho sa tsotellehe hore na ba na le tšepo ea ho phela lefatšeng kapa leholimong. Kaha re tseba Jehova hantle, re tšepa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e nepahetse. Kahoo, ha re tšoenyehe ha Jehova a khetha ho tlotsa Bakreste ba bang ba tšepahalang lilemong tsa morao tjena. Rea hopola hore na Jesu o ile a re’ng ka basebetsi ba ileng ba hiroa motsotsong oa ho qetela papisong ea tšimo ea morara. (Mat. 20:1-16) Ba ileng ba hiroa ho tloha hoseng ba ile ba fumana moputso o lekanang le oa ba ileng ba hiroa motsotsong oa ho qetela. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na batlotsuoa ba khethoa neng, ba tla fumana moputso oa bona haeba feela ba lula ba tšepahala. w24.09 24 ¶15-17
LA 20-26 APRIL
ESAIA 54-55
Pina ea 86 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. U Ikemiselitse ho Patala Bokae?
(10 mets.)
Jehova o ile a tšepisa hore o tla ruta bara ba hae (Esa 54:13; w09 9/15 21 ¶3)
Re lokela ho ipha nako ea ho bala le ho ithuta ’nete ea Bibele (Esa 55:1, 2; w18.11 4 ¶6-7)
Ho hlokahala boiteko e le hore re mamele ka hloko empa ho pholosa bophelo ba rona (Esa 55:3; be 14 ¶2-4)
IPOTSE: ‘Nka ntlafatsa thuto ea ka ea botho joang?’
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 54:17—Polelo ea pele temaneng ee e re hopotsa lintlha life tse tharo tsa bohlokoa? (w19.01 6 ¶14-15)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 54:1-10 (th khaolo ea 11)
4. Ha u Qala Moqoqo
(2 mets.) KA NTLO LE NTLO. Buisana le mong’a ntlo ka ntlha e hlahang tlas’a lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 4)
5. Ha u Qala Moqoqo
(2 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Buisana le motho ka ntlha e hlahang tlas’a lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 3)
6. Khutlela ho Batho
(2 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Siela motho karete ea jw.org. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 3)
7. Puo
(5 mets.) be 28 ¶3–31 ¶2—Sehlooho: Mokhoa oa ho Ithuta. (th khaolo ea 14)
Pina ea 97
8. U se ke oa Lumella Letho ho u Sitisa ho Etsa Thuto ea Botho
(15 mets.) Puisano.
Ho na le lintho tse ngata tse ka u sitisang ho ba le thuto ea botho e tsitsitseng. A re nke hore u leka ho khothatsa Mokreste-’moho ea sa khoneng ho ba le thuto ea botho e tsitsitseng le ho bala Bibele kamehla. O re lintho tsena tse latelang ke tsona tse mo sitisang. Tlas’a tšitiso ka ’ngoe ngola bonyane molao-motheo oa Bibele, sengoloa se ka mo thusang kapa ntho e ’ngoe eo a ka e etsang.
“Ha ke tsebe ho bala hantle”
“Ha ke rate ho bala”
“Ha ke tsebe hore na ke qale hokae ha ke bala Bibele kapa hona hore na ke bale boitsebiso bo bokae ka letsatsi”
“Ebe nka bala’ng ka beke, ha ho e-na le lintho tse ngata hakaale tseo re tlamehang ho li bala?”
“Ke phathahane hoo ke se nang nako ea ho bala”
“Ke thatafalloa ke ho tsepamisa mohopolo nthong eo ke e balang’me ka linako tse ling ha ke hopole hore na ke balile’ng”
Shebellang VIDEO ea U ka Etsa’ng Hore ho Ithuta Bibele u le Mong ho u Tsoele Molemo? ebe u botsa bamameli potso ena:
Ke litlhahiso life tseo u li ratileng tse ka u thusang hore u thabele ho etsa thuto ea botho?
9. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 78-79