Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
April
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Labobeli, la 28 April

Kaha joale re se re ithutile lithuto tsa motheo tse mabapi le Kreste, a re tsoeleng pele ho hola. Re se ke ra khutlela lithutong tsa motheo.—Baheb. 6:1.

Jehova ha aa lebella hore re be Bakreste ba holileng ka matla a rona feela. O re file balisa le mesuoe ka phuthehong, ba re thusang hore re be Bakreste ba holileng ’me “re tla ba batho ba holileng ka litsela tsohle joaloka Kreste.” (Baef. 4:​11-13) Jehova o boetse o re fa moea oa hae o halalelang ho re thusa hore re tsebe ho “nahana joaloka Kreste.” (1 Bakor. 2:​14-16) Ho feta moo, Molimo o re file Likosepele tse ’nè tse re bontšang hore na Jesu o ne a nahana joang, a bua joang a bile a etsa lintho joang ha a ne a le lefatšeng. Haeba u nahana u bile u etsa lintho joaloka Jesu, u tla khona ho ba Mokreste ea holileng. Leha ho le joalo e le hore re be Bakreste ba holileng, re lokela ho ithuta ho fetang feela “lithuto tsa motheo tse mabapi le Kreste.” w24.04 4-5 ¶11-12

La 27 April–la 3 May
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tsebeletso—2026 | March

LA 27 APRIL–LA 3 MAY

ESAIA 56-57

Pina ea 12 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Re Thabela Hore Ebe Jehova ke Molimo oa Rona

(10 mets.)

Litšoantšo tse rapeloang li ke ke tsa thusa batho ba li rapelang (Esa 57:13; ip-2 269 ¶14-16)

Batho ba sa sebeletseng Jehova ha ba na khotso ebile ha ba utloane (Esa 57:20; w18.06 7 ¶16; it “Lefatše” ¶21)

Batho ba khopo ha ba na khotso (Esa 57:21; it “Khotso” ¶3)

Barali ba bo rona ba babeli ba thabela ho sebetsa ’moho tšimong.

IPOTSE: Ho ba le kamano e ntle le Jehova ho ka ntlafatsa bophelo ba ka joang?

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Esa 56:​6, 7—Boprofeta boo bo phethahala joang? (w07 1/15 10 ¶3; w06 11/1 27 ¶1)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Esa 56:​4-12 (th khaolo ea 5)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Bolella motho eo u buang le eena ka ntho eo u ithutileng eona ha u ne u le libokeng. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 4)

5. Hlalosa Seo u se Lumelang

(5 mets.) Puo. ijwbq sehlooho sa 90: Na Hoa Hlokahala Hore Motho e be Setho sa Bolumeli bo Itseng? (th khaolo ea 16)

6. Ha u Etsa Barutuoa

(4 mets.) lff khaolo ea 19 ntlha ea 4 (lmd thuto ea 11 ntlha ea 3)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 58

7. U se ke oa Khaotsa ho Bua ka Jehova

(15 mets.) Puisano.

Batho ba sa sebeletseng Jehova ha ba na tataiso ea sebele e ka ba thusang, ha ba na morero bophelong ebile ha ba na tšepo. Ho ntse ho le joalo, ba bangata ba hana ho mamela molaetsa oa ’Muso hobane ba sa tsebe hore ho tseba ’nete ho tla ba tsoela molemo hakae. A re boneng a mang a mabaka a etsang hore re se ke ra nyahama kapa hona ho tela ha batho ba sa re mamele.—Moe 11:6.

  • Ho ba le batho ba bacha sebakeng seo re sebetsang tšimo ho sona. Batho ba neng ba sa thahaselle ba ka falla ebe ba bacha bona ba thabela ho mamela

  • Re ka bua le motho ea fapaneng ha re fihla ntlong. Ho ka hlaha nkhono kapa ntate-moholo, ngoana ea seng a holile, motho ea seng a lula le lelapa leo kapa moeti

  • Batho baa fetoha. (1Ti 1:13) Batho ba ka batla ho mamela ka lebaka la maemo a lefatše a ntseng a mpefala kapa hobane ba ile ba etsahalloa ke lintho tse bohloko

  • Re bontša hore re rata Jehova ka hore re se ke ra khaotsa ho bolella batho ka eena.—Lu 6:45; 1Jo 5:3

Setšoantšo se hlahang videong ea “Jehova ‘ha a Hole le Rona.’ ” Morali oa bo rona o fa ausi e mong pampitšana ha ba le shopong e rekisang kofi.

Shebellang VIDEO ea Jehova “ha a Hole le Rona” ebe u botsa bamameli potso ena:

  • Ke hobane’ng ha re sa lokela ho nyahamela ho bolella batho ka Jehova le ha ho le thata?

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 80-81

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 28 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2026 | February

Sehlooho se Ithutoang ka la 27 April, 2026–la 3 May, 2026

20 Itokisetse Mathata ao u Tla Kopana le ’Ona ka Mor’a Kolobetso

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela