Labobeli, la 5 May
Le lumele ka lipelong tsa lona hore Kreste ke Morena le hore oa halalela. Le lule le itokiselitse ho ikarabella ho motho leha e le ofe ea le botsang ka tšepo eo le nang le eona. Empa ha le mo araba, le mo arabe ka bonolo le ka tlhompho.—1 Pet. 3:15.
Jesu o ne a tseba hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore Jehova o ntse a bona ho hloka toka ho mo hlahelang. O ne a kholisehile hore Jehova o tla felisa ho hloka toka ka nako e loketseng. Re ka etsisa Jesu ka ho laola hore na re re’ng haeba ba bang ba re tšoara ka ho hloka toka. Ka linako tse ling, lintho tseo batho ba ka re etsang tsona ha li re letho ’me re ka khetha ho li tlolisa mahlo. Kapa re ka khetha ho itholela feela e le ho qoba ho mpefatsa lintho le ho feta. (Moek. 3:7; Jak. 1:19, 20) Ka linako tse ling re ka ’na ra lokela ho buella motho e mong ea tšoaroang ka ho hloka toka kapa ra lokela ho emela ’nete ea seo re se lumelang. (Lik. 6:1, 2) Haeba re lokela ho bua, re lokela ho leka ka matla ho bua re khobile matšoafo le ka tlhompho. Re ka boela ra etsisa Jesu ka ho tšepa “moahloli ea ahlolang ka ho loka.”—1 Pet. 2:23. w24. 11 5-6 ¶10-12
LA 4-10 MAY
ESAIA 58-59
Pina ea 21 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. U ka Etsa’ng Hore Jehova a u Hlohonolofatse?
(10 mets.)
E-ba motho ea amohelang baeti le ea fanang (Esa 58:7-9)
Etsa hore ho sebeletsa Jehova e be eona ntho e tlang pele bophelong ba hao (Esa 58:13, 14; w06 6/15 22 ¶9)
Kholiseha hore Jehova o tla u hlokomela (Esa 59:1; w13 1/15 13 ¶5-6)
IPOTSE: ‘Ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a hlohonolofatsa Baiseraele, hona ke ithuta’ng ho se ba etsahalletseng?’ (Esa 58:1-5; it-E “Ho Itima Lijo” ¶3-mwbr)
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 59:11—Esaia o ne a bolela’ng ha a re Baiseraele ba ne ba “rora joaloka libere”? (it-E “Bere” ¶6-mwbr)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 59:1-12 (th khaolo ea 10)
4. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Qala moqoqo u sebelisa pampitšana. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 5)
5. Ha u Qala Moqoqo
(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Buisana le motho ka molaetsa o hlahang ho lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 4)
6. Puo
(5 mets.) lmd lintlha tsa A ntlha ea 16—Sehlooho: Re Lokela ho Lula re Rapela. (th khaolo ea 8)
Pina ea 100
7. “Itloaetseng ho Amohela Baeti”
(15 mets.) Puisano.
Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste hore ba ‘itloaetse ho amohela baeti.’ (Bar 12:13) Haeba re itloaetsa ho amohela baeti re tla ba batho ba thabileng.—Pr 11:25.
Shebellang VIDEO ea E-ba Motsoalle oa Jehova—E-ba le Kamohelo ea Baeti ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:
Ho latela video ee, ho amohela baeti ho bolela’ng?
Ke melemo efe eo u e fumanang ha u amohela baeti?
Jehova o re behela mohlala o motle oa ho fana. (Lik 14:17) Bala Deuteronoma 10:17, 18 ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:
Jehova o bontša joang hore u amohela baeti ebile oa fana?
Ke melemo efe eo re e fumanang ha re bontša kamohelo ea baeti ho batho bao re sa ba tloaelang?
Ke batho bafe ka Bibeleng ba ileng ba bontša kamohelo ea baeti, hona u ithuta’ng mohlaleng oa bona?
U ka rata ho bontša kamohelo ea baeti ho mang, hona ke’ng seo u batlang ho mo etsetsa sona?
8. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 82-83
Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | le Thapelo
Sehlooho se Ithutoang ka la 4-10 May, 2026
2 Ntlafatsa ‘Tsebo ea Hao ea ho Ruta Hantle’ Mosebetsing oa Boboleli