Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
May
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Sontaha, la 17 May

Molimo a bona hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng e molemo haholo.—Gen. 1:31.

Batsoali, khothaletsa ngoana oa hao ho nahana ka lintho tseo Jehova a li bopileng. Ha le ntse le otlolla maoto le le phakeng kapa le ntse le sebetsa jareteng, mo bontše hore lintho tse bopiloeng li na le libopeho tse sa tšoaneng tse ipheta-phetang. Libopeho tsena tse fapa-fapaneng ke bopaki ba hore ho na le motho ea bohlale ka ho fetisisa ea li entseng. Ka mohlala, bo-rasaense ba qetile lilemo tse ngata ba hlahloba lintho tsa tlhaho tse bopehileng joaloka mela e ik’haretseng. Rasaense e mong ea bitsoang Nicola Fameli o re ho na le tatellano e tšoanang ea linomoro eo u e fumanang ha u bala mela eo e ik’haretseng. Tatellano eo e bitsoa Fibonacci. Ho na le lintho tse ngata tsa tlhaho tse nang le sebopeho sena sa mela e ik’haretseng, tse kang lihlopha tse itseng tsa linaleli, likhetla tsa leoatle, makhasi a limela le lisonobolomo. w24.12 16 ¶7

La 11-17 May
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tsebeletso—2026 | May

LA 11-17 MAY

ESAIA 60-61

Pina ea 146 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. “Tsoha, Uena Mosali, Khantša Leseli”

(10 mets.)

Mosali eo ho buuoang ka eena ho Esaia 60:1 o tšoantšetsa Jerusalema ea boholo-holo (Esa 60:​1, 2, nal.; w24.07 30 ¶1-2)

Boprofeta ba ho tsosolosa bo ho Esaia khaolo ea 60, ha boa phethahala ho Jerusalema feela (w24.07 30 ¶3-4)

Boprofeta bona bo phethahala haholoanyane ho “Jerusalema e leholimong” (Gal 4:26; w24.07 30 ¶5–31 ¶2)

Batho ba thabela bophelo paradeiseng. Morao mane noka e phalla motseng o tšoantšetsang Jerusalema e Ncha. Pel’a noka eo ho na le lifate tse ntle.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Esa 61:1—Jesu o ile a phethahatsa boprofeta boo joang? (Lu 4:​18-21; w19.12 11 ¶10-11)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Esa 61:​1-9 (th khaolo ea 11)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Ruta motho eo u ntseng u qoqa le eena hore na lebitso la Molimo ke mang. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 3)

5. Khutlela ho Batho

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Nakong e fetileng, motho eo u neng u qoqa le eena o itse o sa tsoa hlokahalloa ke motho eo a mo ratang. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 4)

6. Ha u Etsa Barutuoa

(5 mets.) lff khaolo ea 19 ntlha ea 5 (lmd thuto ea 11 ntlha ea 4)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 156

7. Litlhoko Tsa Phutheho

(15 mets.)

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 84-85

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 119 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2026 | March

Sehlooho se Ithutoang ka la 11-17 May, 2026

8 Tšepa ’Musi Morena oa Bokahohle

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela