Sontaha, la 24 May
Le apare botho bo bocha.—Baef. 4:24.
Ho Esaia khaolo ea 65, Jehova o hlalosa hore na batho ba mo sebeletsang ba ne ba tla phela joang. Taba ena e ile ea phethahala ka lekhetlo la pele ka selemo sa 537 pele ho mehla ea Jesu. Ka nako eo Bajuda ba ne ba lokolotsoe botlamuoeng Babilona ’me ba ile ba khutlela naheng ea bona. Jehova o ile a hlohonolofatsa batho ba hae ’me a ba thusa hore ba lokise motse oa Jerusalema o neng o senyehile, ba o etse hore o boele o be motle le hore tempele e boele e be sebaka seo ho rapeloang Jehova ho sona Iseraele. (Esa. 51:11; Zak. 8:3) Boprofeta ba Esaia bo ile ba phethahala ka lekhetlo la bobeli ka selemo sa 1919 ha bahlanka ba Jehova ba ne ba lopolloa Babilona e Moholo. Ho tloha ka nako eo bahlanka ba Jehova lefatšeng lohle ba ile ba qala ho mo sebeletsa ka tsela eo a e amohelang. Baboleli ba ’Muso ba chesehang ba ile ba theha liphutheho tse ngata ’me ba qala ho ba le makhabane a Bokreste. Banna le basali ba neng ba le mabifi ’me ba itšoere hampe ba ile ba ‘apara botho bo bocha boo Molimo a bo entseng ho ea ka thato ea hae.’ w24.04 20-21 ¶3-4.
LA 18-24 MAY
ESAIA 62-64
Pina ea 44 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. Sebopi se Lerato le se Nang le Qenehelo
(10 mets.)
Jehova o ntse a re qenehela le hoja re e-ba le mathata ka lebaka la liphoso tsa rona (Esa 63:9; cl 253-254 ¶7-9)
Le hoja Jehova a ke ke a re thibela ho khola litholoana tsa liphoso tsa rona, oa re thusa ha re ntse re leka ho mo tšepahalla (w23.08 28-29 ¶8-9)
Haeba re mo lumella, o tla tsoela pele ho re bopa hore re be batho bao a ba amohelang (Esa 64:8; w13 9/15 20 ¶15-17)
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 63:10—Temana ee e re ruta’ng ka mamello ea Jehova? (it-E “Mohau” ¶11-mwbr)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 64:4-12 (th khaolo ea 12)
4. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Qoqa le motho ka ntho eo a e thahasellang ’me le buisane hore na le tla qoqa neng hape. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 5)
5. Khutlela ho Batho
(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Bontša mong’a ntlo video e hlahang tlas’a Lithulusi Tsa ho Ruta. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 4)
6. Ha u Etsa Barutuoa
(5 mets.) lff lebokose le leqepheng la 254 le reng: “Na ke se ke Itokiselitse ho Ruta Bibele le Phutheho?” Buisana le motho eo u ithutang Bibele le eena hore na e ka ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang joang. (lmd thuto ea 12 ntlha ea 3)
Pina ea 115
7. Itokisetse Likoluoa Tsohle le Tseo re sa li Lebellang
(15 mets.) Puisano. E fanoe ke moholo. Bua ka likhopotso tse tsoang ofising ea lekala le ho sehlopha sa baholo haeba li le teng.
Likoluoa ho akrelletsa le ho hlaseloa, ke lintho tse ka etsahalang hohle ebile re sa li lebella. (Moe 9:11) Le hoja u lula libakeng tseo likoluoa tsa tlhaho li sa etsahaleng hangata empa ke ha bohlokoa hore u lebelle hore li ka u etsahalla. (Pr 22:3) U ka itokiselletsa tsona joang?
Ha u le sebakeng se phetheselang, e-ba hlokolosi ka hore na ho etsahala’ng pel’a hao le ho etsa bonnete ba hore oa tseba hore na menyako ea tšohanyetso e hokae
E le hore u itokiselletse likoluoa tsa tlhaho, e-ba le mokotla oa tšohanyetsoa le ho etsa bonnete ba hore o lula o e-na le lintho tse hlokahalang. Hape u be le lintho tseo u ka li sebelisang ha u ntse u le lapeng ka nako eo. Buisanang le le lelapa hore na le tla etsa’ng le hore na le tla balehela hokae nakong ea koluoa ’me le be le linomoro tsa fono tsa ba lelapa le metsoalle.—g17.5 4
Shebellang VIDEO ea Itokisetse Likoluoa Tsohle le Tseo re sa li Lebellang ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:
Qalong bara le barali ba bo rona ba ne ba ikutloa joang ka ho itokiselletsa likoluoa?
Ke lintho life tseo ba ileng ba li etsa e le hore ba itokise?
Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba bona ba ho itokiselletsa likoluoa joang?
Ba ile ba ithuta’ng ketsahalong ee?
IPOTSE: ‘Na ke bontša hore ke hlompha Jehova ka hore ke itokiselletse likoluoa?’
SEO U KA SE ETSANG: Ha u le sebakeng se phetheselang, ipotse hore na monyako oa tšohanyetso o hokae sebakeng seo u leng ho sona.
8. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 86, selelekela sa karolo ea 13 le thuto ea 87
Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | le Thapelo
Sehlooho se Ithutoang ka la 18-24 May, 2026
14 U se ke oa Lumella Letho ho u Sitisa ho Etsa Lintho Tsa Bohlokoa