Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
May
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Moqebelo, la 30 May

Tsena ke lipolelo tsa ’nete tsa Molimo.—Tšen. 19:9.

Re lokela ho lula re phathahane ka ho sebeletsa Jehova ho fihlela bofelo bo tla. Batlotsuoa ba lokela ho lula ba falimehile e le hore ba fumane moputso oa bona oa ho ea leholimong. Ba labalabela “ho bokelloa” hore ba ee ho Jesu leholimong. (Mat. 24:40) Ka mor’a ntoa ea Armagedone, kaofela ha bona e tla ba monyaluoa lenyalong la konyana. (2 Bathes. 2:1) Le hoja nako ea hore Jesu a ahlole e atametse, ha rea lokela ho tšoha. Haeba re tšepahala, Ntate oa rona ea lerato ea leholimong o tla re fa “matla a sa tloaelehang” e le hore re ka “atleha . . . ho ema ka pel’a Mor’a motho.” (2 Bakor. 4:7; Luka 21:36) Ho sa tsotellehe hore na re na le tšepo ea ho phela leholimong kapa lefatšeng, re tla thabisa ntate oa rona haeba re mamela litemoso tse lipapisong tsa Jesu. Kaha Jehova o mosa, mabitso a rona a tla ‘fumanoa a ngotsoe bukeng’ ea bophelo.—Dan. 12:1; Tšen. 3:5. w24.09 24¶19-20

La 25-31 May
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tsebeletso—2026 | May

LA 25-31 MAY

ESAIA 65-66

Pina ea 24 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Re Rata Paradeise ea Rona ea Moea!

(10 mets.)

Bahlanka ba Molimo ba na le Bibele le lintho tse ngata tseo ba li hlokang e le hore ba lule ba le paradeiseng ea moea (Esa 65:13; cl 275 ¶12, 14)

Paradeise ea rona ea moea e re thusa hore re sebetsane le mathata le lintho tse bohloko tse re hlahelang (Esa 65:​14-17; w24.04 22 ¶9-10)

Ha ho na letho le ka bapisoang le khotso le tšireletseho tseo re nang le tsona (Esa 65:25; w24.04 23 ¶13)


TLHALOSO: Polelo “paradeise ea moea” e hlalosa maemo a sireletsehileng ao batho ba sebeletsang Jehova ba thabelang ho ba ho ona. Paradeiseng ena ea moea re thabela ho ba le khotso le Jehova le Bakreste-’moho le rona.

Litšoantšo: Bara le barali ba bo rona ba thabela ho ba paradeiseng ea moea. 1. Ba thabela ho qoqa ha ba le Holong ea ’Muso. 2. Ba thabela ho sebetsa ’moho ha ho hloekisoa Holo ea ’Muso. 3. Mor’abo rona ea holileng o khothatsa mor’abo rona e mocha ha ba le ka teronkong. Likarete le mangolo a tsoang ho Bakreste-’moho li manamisitsoe leboteng. 4. Banyalani ba etetse morali oa bo rona ea kulang ha a le sepetlele. Morali oa bo rona o tšoere morali oa bo rona ea kulang ka letsoho, ha monna oa hae eena a tšoere baskete e tšetseng litholoana le likarete.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Esa 66:24—Temana ee e re thusa joang ho utloisisa mantsoe a Jesu a hlahang ho Mareka 9:​47, 48 a buang ka Gehena? (it-E “Gehena” ¶6-7-mwbr)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Esa 65:​17-25 (th khaolo ea 10)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Qoqa le motho ka tsela e tla etsa hore ho be bonolo hore u mo bolelle hore u Paki ea Jehova. (lmd thuto ea 5 ntlha ea 3)

5. Ha u Qala Moqoqo

(2 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Motho eo u ntseng u qoqa le eena u batla ho ngangisana le uena. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 5)

6. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Qala moqoqo u sebelisa pampitšana. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 4)

7. Hlalosa Seo u se Lumelang

(3 mets.) Pontšo. ijwbq sehlooho sa 87: Mohanyetsi oa Kreste ke Mang? (th khaolo ea 17)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 80

8. Na u ka Thabela Bophelo le Hoja u le Tšebeletsong ea Nako e Tletseng?

(15 mets.) Puisano.

Litšoantšo: Litšoantšo tse hlahang videong ea “U Tla Etsa’ng ‘Bakeng sa Litaba Tse Monate’?” 1. Mor’abo rona Tomohiro Nishimura o sebetsa Bethele lefapheng le kopanyang libuka. 2. Morali oa bo rona Happiness Mabho o sebetsa ka k’homphieutha ofising ea phetolelo. 3. Rayner le Keziah Fernando ba lumelisa mor’abo rona ba le ofising ea lekala moo ba sebetsang lefapheng la kaho. 4. Mor’abo rona George Telan, Jr., o sebetsa le bara ba bo rona ba bang Bethele Lefapheng la Tšebeletso. 5. Morali oa bo rona Ramona Welsch o khanna thuto ea Bibele.

Na u ntse u nahana ka ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng? Na u tšoenyehile ka hore u ka ’na oa lokela ho tela lintho tseo u li ratang haeba u e kenela? Kapa mohlomong u kile oa ipotsa hore na ke hobane’ng ha u lokela ho tela lintho tseo u li ratang haeba bahlanka bohle ba Jehova ba tla fumana bophelo bo sa feleng ho sa tsotellehe hore na ba tšebeletsong kapa che. Haeba u ntse u ipotsa lipotso tsena, hopola hore Jehova “a ke ke a [u] hanela . . . ka ntho leha e le efe e ntle” haeba u mo tšepa. (Ps 84:​11, 12) Ha re sa fe Jehova sohle seo re ka se khonang, re tla fetoa ke thabo e tlisoang ke ho kenela tšebeletso.

Jehova o tla re hlohonolofatsa hona joale esita le nakong e tlang. Shebellang VIDEO ea U Tla Etsa’ng ‘Bakeng sa Litaba Tse Monate’? ebe u botsa bamameli potso e latelang:

  • Bara le barali ba bo rona ba hlahang videong ee ba fumane litlhohonolofatso life ka ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng?

U ka etsa’ng haeba maemo a hao a sa u lumelle ho kenela tšebeletso? Hopola hore Jehova o hlohonolofatsa boiteko bohle boo re bo etsang ba ho mo sebeletsa. Kahoo, etsa sohle seo u ka se khonang u kholisehile hore Jehova o tla u tšollela litlhohonolofatso ho fihlela u se u sa hloke letho.—Mal 3:10.

9. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 88-89

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 55 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2026 | March

Sehlooho se Ithutoang ka la 25-31 May, 2026

20 Bontša Temoho ’me u “Tla Atleha”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela