Moqebelo, la 23 May
Bana ha baa tšoanela ho bolokela batsoali ba bona empa batsoali ba tšoanela ho bolokela bana ba bona.—2 Bakor. 12:14.
Ha batsoali ba ntse ba tsofala, ho na le lintho tseo ba ka hlokang thuso ka tsona, ’me bana ba bangata ba thabela ho thusa batsoali ba bona ka litlhoko tse joalo. (1 Tim. 5:4) Empa batsoali ba Bakreste baa hlokomela hore ntho e ka sehloohong e ba thabisang ke ho thusa bana ba bona hore ba sebeletse Jehova, eseng ho ba holisa ba nahanne hore ba tla ba thusa ka lichelete hamorao. (3 Joh. 4) Ha u ntse u ruta bana ba hao hore na ba ka iphelisa joang, ba behele mohlala o motle o bontšang hore u tšepa Jehova. Ho tloha ha ba sa le banyenyane feela, ba rute bohlokoa ba ho sebetsa ka thata. (Liprov. 29:21; Baef. 4:28) Ha ba ntse ba hola, ba thuse ho sebetsa ka thata sekolong. Batsoali ba Bakreste ba tla be ba etsa hantle ha ba etsa lipatlisiso ebile ba sebelisa melao-motheo ea Bibele ho thusa bana ba bona hore na ke joang ba ka sebelisang thuto eo ba nang le eona ka bohlale. Sena se tla thusa bana ba bona hore ba iphelise le hore ba tle ba fumane monyetla oa ho eketsa tšebeletso ea bona. w25.03 30-31 ¶15-16
LA 18-24 MAY
ESAIA 62-64
Pina ea 44 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. Sebopi se Lerato le se Nang le Qenehelo
(10 mets.)
Jehova o ntse a re qenehela le hoja re e-ba le mathata ka lebaka la liphoso tsa rona (Esa 63:9; cl 253-254 ¶7-9)
Le hoja Jehova a ke ke a re thibela ho khola litholoana tsa liphoso tsa rona, oa re thusa ha re ntse re leka ho mo tšepahalla (w23.08 28-29 ¶8-9)
Haeba re mo lumella, o tla tsoela pele ho re bopa hore re be batho bao a ba amohelang (Esa 64:8; w13 9/15 20 ¶15-17)
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 63:10—Temana ee e re ruta’ng ka mamello ea Jehova? (it-E “Mohau” ¶11-mwbr)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 64:4-12 (th khaolo ea 12)
4. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Qoqa le motho ka ntho eo a e thahasellang ’me le buisane hore na le tla qoqa neng hape. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 5)
5. Khutlela ho Batho
(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Bontša mong’a ntlo video e hlahang tlas’a Lithulusi Tsa ho Ruta. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 4)
6. Ha u Etsa Barutuoa
(5 mets.) lff lebokose le leqepheng la 254 le reng: “Na ke se ke Itokiselitse ho Ruta Bibele le Phutheho?” Buisana le motho eo u ithutang Bibele le eena hore na e ka ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang joang. (lmd thuto ea 12 ntlha ea 3)
Pina ea 115
7. Itokisetse Likoluoa Tsohle le Tseo re sa li Lebellang
(15 mets.) Puisano. E fanoe ke moholo. Bua ka likhopotso tse tsoang ofising ea lekala le ho sehlopha sa baholo haeba li le teng.
Likoluoa ho akrelletsa le ho hlaseloa, ke lintho tse ka etsahalang hohle ebile re sa li lebella. (Moe 9:11) Le hoja u lula libakeng tseo likoluoa tsa tlhaho li sa etsahaleng hangata empa ke ha bohlokoa hore u lebelle hore li ka u etsahalla. (Pr 22:3) U ka itokiselletsa tsona joang?
Ha u le sebakeng se phetheselang, e-ba hlokolosi ka hore na ho etsahala’ng pel’a hao le ho etsa bonnete ba hore oa tseba hore na menyako ea tšohanyetso e hokae
E le hore u itokiselletse likoluoa tsa tlhaho, e-ba le mokotla oa tšohanyetsoa le ho etsa bonnete ba hore o lula o e-na le lintho tse hlokahalang. Hape u be le lintho tseo u ka li sebelisang ha u ntse u le lapeng ka nako eo. Buisanang le le lelapa hore na le tla etsa’ng le hore na le tla balehela hokae nakong ea koluoa ’me le be le linomoro tsa fono tsa ba lelapa le metsoalle.—g17.5 4
Shebellang VIDEO ea Itokisetse Likoluoa Tsohle le Tseo re sa li Lebellang ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:
Qalong bara le barali ba bo rona ba ne ba ikutloa joang ka ho itokiselletsa likoluoa?
Ke lintho life tseo ba ileng ba li etsa e le hore ba itokise?
Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba bona ba ho itokiselletsa likoluoa joang?
Ba ile ba ithuta’ng ketsahalong ee?
IPOTSE: ‘Na ke bontša hore ke hlompha Jehova ka hore ke itokiselletse likoluoa?’
SEO U KA SE ETSANG: Ha u le sebakeng se phetheselang, ipotse hore na monyako oa tšohanyetso o hokae sebakeng seo u leng ho sona.
8. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 86, selelekela sa karolo ea 13 le thuto ea 87
Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | le Thapelo
Sehlooho se Ithutoang ka la 18-24 May, 2026
14 U se ke oa Lumella Letho ho u Sitisa ho Etsa Lintho Tsa Bohlokoa