Hanyetsa Moea oa Lefatše le Ntseng le Fetoha
“Ha rea ka ra amohela moea oa lefatše, empa re amohetse moea o tsoang ho Molimo.”—1 BAKORINTHE 2:12.
1. Eva o ile a thetsoa ka litsela life?
“NOHA—e nthetsitse.” (Genese 3:13) Ka mantsoe ao a seng makae, mosali oa pele, Eva, o ile a leka ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha a fetohetse Jehova Molimo. Seo a neng a se bua e ne e le ’nete, le hoja se ne se sa lokafatse phoso ea hae. Hamorao moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a ngole sena: “[Eva] o ile a thetsoa ka ho phethahetseng.” (1 Timothea 2:14) O ile a thetsoa hore a lumele hore ketso ea ho se mamele—ea ho ja tholoana e thibetsoeng—e ne e tla mo tsoela molemo, e etse hore a tšoane le Molimo. O ile a boela a thetsoa ka hore na ke mang ea mo khelositseng. O ne a sa tsebe hore e ne e hlile e le Satane Diabolose ea neng a bua a sebelisa noha.—Genese 3:1-6.
2. (a) Satane o khelosa batho joang kajeno? (b) “Moea oa lefatše” ke eng, hona re tla tšohla lipotso life hona joale?
2 Haesale ho tloha mehleng ea Adama le Eva, Satane o ’nile a tsoela pele ho thetsa batho. Ha e le hantle, o ‘khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ (Tšenolo 12:9) Maqheka a hae ha aa fetoha. Le hoja a se a sa sebelise noha ea sebele, o tsoela pele ho ikhakanya. A sebelisa indasteri ea boithabiso, mecha ea phatlalatso le litsela tse ling, Satane o khelosa batho hore ba lumele hore ha ba hloke tataiso ea Molimo e lerato ebile ha e ba tsoele molemo. Letšolo la Diabolose la thetso le entse hore hohle batho ba be le moea oa ho fetohela melao le melao-motheo ea Bibele. Bibele e re ona ke “moea oa lefatše.” (1 Bakorinthe 2:12) Moea ona o na le tšusumetso e matla litumelong, maikutlong le boitšoarong ba batho ba sa tsebeng Molimo. Moea oo o bonahala joang, hona re ka hanyetsa tšusumetso ea oona e senyang joang? A re boneng.
Melao ea Boitšoaro ea Nyehla
3. Ke hobane’ng ha “moea oa lefatše” o ntse o totobala ka ho eketsehileng mehleng ea kajeno?
3 Mehleng ea kajeno, “moea oa lefatše” o ’nile oa totobala ka ho eketsehileng. (2 Timothea 3:1-5) Ho ka etsahala hore ebe u hlokometse hore melao ea boitšoaro ea nyehla. Mangolo aa hlalosa hore na sena se bakoa ke eng. Ka mor’a hore ’Muso oa Molimo o hlongoe ka selemo sa 1914, ho ile ha qhoma ntoa leholimong. Satane le mangeloi a hae a bademona ba ile ba hlōloa eaba ba liheloa tikolohong ea lefatše. A tuka ke khalefo, Satane o haketse letšolong la hae la ho thetsa lefatše lohle. (Tšenolo 12:1-9, 12, 17) O leka ka hohle kamoo a ka khonang hore a “khelose esita le bakhethoa, haeba ho khoneha.” (Matheu 24:24) Joaloka batho ba Molimo, ke rōna liphofu tsa hae tse ka sehloohong. O leka ka matla ho senya bomoea ba rōna e le hore Jehova a tle a se ke a re amohela ’me re se ke ra fumana bophelo bo sa feleng.
4. Bahlanka ba Jehova ba talima Bibele joang, hona lefatše le e talima joang?
4 Satane o leka ho nyefola Bibele, e leng buka ea bohlokoahali e re rutang ka ’Mōpi oa rōna ea lerato. Bahlanka ba Jehova ba rata Bibele ebile ba e nka e le ea bohlokoa. Rea tseba hore ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, hase lentsoe la batho. (1 Bathesalonika 2:13; 2 Timothea 3:16) Leha ho le joalo, lefatše la Satane le batla hore re nahane ka tsela e fapaneng. Ka mohlala, selelekela sa buka e ’ngoe e hlaselang Bibele se re: “Bibele ha e ‘halalele’ ho hang, ebile hase ‘lentsoe la Molimo.’ Ha ea ngoloa ke bahalaleli ba bululetsoeng ke Molimo, empa e ngotsoe ke baruti ba nyoretsoeng matla.” Ba isitsoeng le khongoana holimo ke lipolelo tse joalo ba ka ’na ba thetsoa habonolo ke khopolo e fosahetseng ea hore ba na le bolokolohi ba ho rapela Molimo ka tsela leha e le efe eo ba e batlang—kapa ba hore ba se ke ba mo rapela ho hang.—Liproverbia 14:12.
5. (a) Mongoli e mong o ile a re’ng ka malumeli a amanang le Bible? (b) Likhopolo tse ling tsa lefatše tse tloaelehileng li fapana joang le seo Bibele e se buang? (Akarelletsa lebokose le leqepheng le latelang.)
5 Ho hlasela Bibele ka litsela tse tobileng le tse sa tobang, esita le boikaketsi ba bolumeli ba batho ba ipolelang hore baa e tšehetsa li entse hore ba bangata ba nyatse bolumeli, ho akarelletsa le bolumeli bo amanang le Bibele. Mecha ea phatlalatso ea litaba le batho ba rutehileng ba hlasela bolumeli. Mongoli e mong o re: “Batho ba bangata ba na le maikutlo a mabe ka Bolumeli ba Sejuda le Bokreste. Le haeba motho a bo sheba ka leihlo le letle, bo bonahala bo le botle empa bo siiloe ke nako; empa bobe ba bona ke hore bo bonahala e le maikutlo a khale a sitisang tsoelo-pele ea bohlale le saense. Lilemong tsa morao tjena, nyatso ena e fetohile ho soma le lehloeo le pepenene.” Hangata lehloeo lena le simoloha ho ba latolang hore Molimo o teng, le ba fetohileng “ba thotofetseng menahanong.”—Baroma 1:20-22.
6. Lefatše le talima liketso tsa ho kopanela liphate tseo Molimo a li nyatsang joang?
6 Ka hona, ha ho makatse hore ebe batho ba tsoela pele ho hlahlathella hōle le melao ea Molimo ea boitšoaro. Ka mohlala, Bibele e hlalosa likamano tsa bosodoma e le “se nyonyehang.” (Baroma 1:26, 27) Hape e re ba tloaetseng ho etsa bohlola le bofebe ba ke ke ba rua ’Muso oa Molimo. (1 Bakorinthe 6:9) Leha ho le joalo, libakeng tse ngata hase feela hore liketso tse joalo tsa ho kopanela liphate li nkoa e le tse amohelehang, empa li bile li tlotlisoa libukeng, limakasineng, lipineng, lifiliming le mananeong a TV. Ba tšoelang liketso tse joalo ka mathe ba talingoa e le ba sa amoheleng likhopolo tsa ba bang, ba ratang ho ahlola le ba sa khemeng le linako. Ho e-na le ho talima melao ea Molimo e le e bontšang kameho e lerato, lefatše le e talima e le e sitisang motho ho fumana bolokolohi le ho khotsofala.—Liproverbia 17:15; Juda 4.
7. Ke lipotso life tseo re lokelang ho ipotsa tsona?
7 Lefatšeng lena le ntseng le tsoela pele ho ba khahlanong le Molimo, e ka ba bohlale hore re hlahlobe boikutlo ba rōna le melao ea boitšoaro eo re phelang ka eona. Nako le nako, re lokela ho itlhahloba ka thapelo le ka botšepehi ho tiisa hore re ntse re sa suthele thōko le monahano oa Jehova le melao ea hae butle-butle. Ka mohlala, re ka ipotsa: ‘Na ke se ke ithabisa ka lintho tseo ke neng ke li qoba lilemong tse fetileng? Na ke se ke mamella liketso tseo Molimo a li nyatsang? Na ke se ke nka litaba tsa moea habobebe ho feta kamoo ke neng ke li nka kateng nakong e fetileng? Na tsela eo ke phelang ka eona e bontša hore ke beha lintho tse amanang le ’Muso pele bophelong ba ka?’ (Matheu 6:33) Ho nahanisisa ho joalo ho tla re thusa ho hanyetsa moea oa lefatše.
“Le ka Mohla re se ke ra Hoholeha”
8. Motho a ka ’na a hoholehela thōko le Jehova joang?
8 Ha a ngolla Bakreste-’moho le eena, moapostola Pauluse o ile a re: ‘Ho hlokahala hore re ele hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng lintho tseo re ileng ra li utloa, e le hore le ka mohla re se ke ra hoholeha.’ (Baheberu 2:1) Sekepe se hoholehang se ke ke sa fihla moo se eang teng. Haeba motsamaisi a sa hlokomele moo moea o fokelang teng le moo metsi a phallelang teng, sekepe sa hae se ka hoholeha habonolo sa feta kou e sireletsehileng eaba sea qahoa lebōpong le tletseng majoe. Ka ho tšoanang, haeba re sa hlokomele linnete tse babatsehang tsa Lentsoe la Molimo, re ka hoholehela thōko le Jehova habonolo eaba sekepe sa rōna sa moea sea soahlamana. Ho ke ke ha hlokahala hore re lahle ’nete ka ho feletseng hore re oele kotsing e joalo. Ha e le hantle, hase ba bangata ba latolang Jehova hang-hang le hona ka boomo. Hangata butle-butle ba kenella nthong e ’ngoe e ba sitisang ho ela Lentsoe la Molimo hloko. Ka tsela e sa hlokomeleheng, ba kenella sebeng. Joaloka motsamaisi ea robetseng, batho ba joalo ba phaphama e se e le morao.
9. Jehova o ile a hlohonolofatsa Solomone ka litsela life?
9 Nahana ka bophelo ba Solomone. Jehova o ne a mo behile hore e be morena oa Iseraele. Molimo o ile a lumella Solomone hore a hahe tempele a ba a mo laela hore a ngole likarolo tse ling tsa Bibele. Jehova o ile a bua le eena ka makhetlo a mabeli ’me a mo fa leruo, botumo le puso ea khotso. Ka holim’a tsohle, Jehova o ile a hlohonolofatsa Solomone ka bohlale bo boholo. Bibele e re: “Molimo a tsoela pele ho fa Solomone bohlale le kutloisiso ka tekanyo e khōlō haholo le pelo e pharaletseng, joaloka lehlabathe le lebōpong la leoatle. Bohlale ba Solomone bo ne bo le boholo ho feta bohlale ba baahi bohle ba Bochabela le ho feta bohlale bohle ba Egepeta.” (1 Marena 4:21, 29, 30; 11:9) Motho a ka ’na a nahana hore ka sebele haeba ho na le motho ea neng a le mocheng oa ho lula a tšepahala ho Molimo e tlameha ebe e ne e le Solomone. Leha ho le joalo, Solomone o ile a oela bokoenehing. Seo se ile sa etsahala joang?
10. Solomone ha aa ka a mamela taelo efe, hona phello e ile ea e-ba efe?
10 Solomone o ne a tseba Molao oa Molimo ka botlalo a bile a o utloisisa. Ha ho pelaelo hore o ne a thahasella litaelo tse neng li ngoletsoe bao e neng e e-ba marena a Iseraele. Har’a litaelo tsena ho ne ho e-na le e reng: “[Morena] a se ke a ikekeletsa basali, hore pelo ea hae e se ke ea kheloha.” (Deuteronoma 17:14, 17) Ho sa tsotellehe taelo eo e hlakileng, Solomone o ile a inkela basali ba makholo a supileng le lirethe tse makholo a mararo. Boholo ba basali bana ba ne ba rapela melimo esele. Ha re tsebe hore na ke hobane’ng ha Solomone a ile a nyala basali ba bangata hakaalo, ebile ha re tsebe hore na o ile a ipehela mabaka afe ha a etsa joalo. Seo re se tsebang ke hore ha aa ka a mamela taelo ea Molimo e hlakileng. Phello e ile ea e-ba sona seo Jehova a neng a lemositse hore se tla etsahala. Rea bala: ‘Butle-butle basali ba [Solomone] ba . . . khelosa pelo ea hae hore e latele melimo e meng.’ (1 Marena 11:3, 4) Ho sa tsotellehe hore seo se etsahetse “butle-butle”—empa ha ho potang hore o ile a felloa ke bohlale ba bomolimo. O ile a suthela thōko. Ka mor’a nako, takatso ea Solomone ea ho khahlisa basali ba hae ba bahetene e ile ea nkela takatso ea hae ea ho mamela Molimo le ho mo khahlisa sebaka. Eo e ile ea e-ba tlokotsi e kaakang, kaha Solomone ke eena eo pejana a neng a ile a ngola mantsoe a reng: “Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka, e le hore nka araba ea ’nyelisang”!—Liproverbia 27:11.
Moea oa Lefatše o Matla
11. Seo re se fepang likelello tsa rōna se ama monahano oa rōna joang?
11 Mohlala oa Solomone o re ruta hore ho kotsi ho beha lebaka la hore kahobane re tseba ’nete, litšusumetso tsa lefatše li ke ke tsa ama monahano oa rōna. Joalokaha lijo tsa sebele li ama ’mele ea rōna, lijo tsa kelello li ama likelello tsa rōna. Seo re se fepang likelello tsa rōna se ama monahano oa rōna le boikutlo ba rōna. Kaha likhoebo li hlokomela sena, li sebelisa liranta tse limilione tse likete ho phatlalatsa lihlahisoa tsa tsona selemo le selemo. Liphatlalatso tse atlehileng li sebelisa mantsoe a monate le litšoantšo ho hapa maikutlo a moreki. Baphatlalatsi ba boetse baa tseba hore hangata ho bona phatlalatso hanngoe kapa habeli ho ke ke ha susumelletsa batho hore ba potlakele ho ea reka sehlahisoa seo. Leha ho le joalo, hangata ho se bona khafetsa ho etsa hore ha nako e ntse e feta bareki ba rate sehlahisoa seo. Ho phatlalatsa hoa atleha—ho seng joalo ha ho motho ea neng a tla qeta chelete ka hona. Ho na le tšusumetso e matla monahanong le maikutlong a sechaba.
12. (a) Satane o susumetsa monahano oa batho joang? (b) Ke eng se bontšang hore Bakreste ba ka susumetsoa?
12 Joaloka mophatlalatsi, Satane o buella likhopolo tsa hae ka ho li hlahisa e le tse khahlehang, a tseba hore ka mor’a nako a ka etsa hore batho ba nahane joaloka eena. Ka boithabiso le ka mecha e meng, Satane o thetsa batho hore ba nahane hore botle ke bobe le hore bobe ke botle. (Esaia 5:20) Esita le Bakreste ba ’nete ba ’nile ba tšoasoa ke letšolo la Satane la ho jala boitsebiso bo fosahetseng. Bibele ea lemosa: “Polelo e bululetsoeng e bolela ka tieo hore linakong tsa morao ba bang ba tla oa tumelong, ba ela hloko lipolelo tse bululetsoeng tse khelosang le lithuto tsa bademona, ka boikaketsi ba batho ba buang mashano, ba tšoailoe matsoalong a bona joalokaha eka ke ka tšepe e chesang e tšoaeang.”—1 Timothea 4:1, 2: Jeremia 6:15.
13. Litloaelano tse mpe ke eng, hona batho bao re tloaelaneng le bona ba re ama joang?
13 Ha ho le ea mong oa rōna ea ke keng a angoa ke moea oa lefatše. Litšusumetso tsa tsamaiso ea Satane li matla. Ka bohlale Bibele ea re eletsa: “Le se ke la thetsoa. Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.” (1 Bakorinthe 15:33) Litloaelano tse mpe li ka akarelletsa ntho leha e le efe kapa motho leha e le ofe—esita le ka phuthehong—ea bontšang moea oa lefatše. Haeba re ka beha lebaka la hore litloaelano tse mpe li ke ke tsa re ntša kotsi, joale re ne re tla lokela ho etsa qeto ea hore ho tloaelana le batho ba molemo ho ke ke ha re thusa. Eo e ne e tla ba phoso e kaakang! Bibele e hlalosa taba ena ka ho hlaka ha e re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.”—Liproverbia 13:20.
14. Re ka loantša moea oa lefatše ka litsela life?
14 Hore re loantše moea oa lefatše, re tlameha ho tloaelana le batho ba bohlale—ba sebeletsang Jehova. Re tlameha ho tlatsa likelello tsa rōna ka lintho tse re matlafatsang tumelo. Moapostola Pauluse o ile a ngola sena: “Lintho life kapa life tsa ’nete, lintho life kapa life tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng, lintho life kapa life tse ratehang, lintho life kapa life tse buuoang hantle, bokhabane bofe kapa bofe le ntho efe kapa efe e lokeloang ke thoriso, le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.” (Bafilipi 4:8) Joaloka batho ba nang le bolokolohi ba ho ikhethela se nepahetseng ho se fosahetseng, re ka khetha lintho tseo re nahanang ka tsona. E se eka kamehla re ka khetha ho nahana ka lintho tse tla re atametsa ho Jehova.
Moea oa Molimo o Matla le ho Feta
15. Bakreste ba Korinthe ea boholo-holo ba ne ba fapane joang le baahi ba bang ba motse oo?
15 Ho fapana le batho ba khelositsoeng ke moea oa lefatše, Bakreste ba ’nete ba tataisoa ke moea oa Molimo o halalelang. Pauluse o ile a ngolla phutheho ea Korinthe sena: “Ha rea ka ra amohela moea oa lefatše, empa re amohetse moea o tsoang ho Molimo, e le hore re ka tseba lintho tseo re li filoeng ka mosa ke Molimo.” (1 Bakorinthe 2:12) Korinthe ea boholo-holo e ne e le motse o pota-potiloeng ke moea oa lefatše. Baahi ba oona ba ne ba itšoere hampe hoo polelo e reng “ho etsa lintho ka Sekorinthe” e ileng ea bolela “ho etsa boitšoaro bo bobe.” Satane o ne a foufalitse batho likelello. Ka lebaka leo, ba ne ba e-na le kutloisiso e fokolang feela ka Molimo oa ’nete kapa ba se na eona ho hang. (2 Bakorinthe 4:4) Leha ho le joalo, ka moea oa hae o halalelang, Jehova o ile a tutubolla Bakorinthe ba bang mahlo, a etsa hore ba khone ho fumana tsebo ea ’nete. Moea oa hae o ile oa ba susumetsa le ho ba tataisa hore ba etse liphetoho tse khōlō bophelong ba bona e le hore a ba amohele le ho ba hlohonolofatsa. (1 Bakorinthe 6:9-11) Le hoja moea oa lefatše o ne o le matla, moea oa Jehova o ne o le matla le ho feta.
16. Re ka amohela moea oa Molimo ra ba ra lula re e-na le oona joang?
16 Hoa tšoana le kajeno. Moea oa Jehova o halalelang ke eona tšusumetso e matla ka ho fetisisa bokahohleng, ’me ka bolokolohi le ka seatla se bulehileng o o fa bohle ba o kōpang ka tumelo. (Luka 11:13) Leha ho le joalo, e le hore re fumane moea oa Molimo, hase feela hore re lokela ho hanyetsa moea oa lefatše lena. Re lokela hore hape re ithute Lentsoe la Molimo kamehla ’me re le sebelise bophelong ba rōna e le hore moea oa rōna—e leng boikutlo ba rōna ba kelello—o lumellane le monahano oa hae. Haeba re etsa joalo, Jehova o tla re matlafatsa hore re eme re tiile khahlanong le leqheka leha e le lefe leo Satane a ka le sebelisang ho senya bomoea ba rōna.
17. Phihlelo ea Lota e ka re khothatsa ka litsela life?
17 Le hoja Bakreste e se karolo ea lefatše, ba lefatšeng. (Johanne 17:11, 16) Ha ho le ea mong oa rōna ea ka qobang moea oa lefatše ka ho feletseng, kaha e ka ’na eaba re sebetsa le ba sa rateng Molimo le ba sa rateng litsela tsa hae kapa re bile re lula le bona. Na re ikutloa joaloka Lota, ea neng “a ba mahlomoleng haholo,” a bile a hlokofatsoa ke liketso tsa tlōlo ea molao tsa batho ba Sodoma, bao a neng a lula har’a bona? (2 Petrose 2:7, 8) Haeba ho joalo, re ka khothala. Jehova o ile a sireletsa Lota a ba a mo lopolla, ’me a ka etsa ho tšoanang bakeng sa rōna. Ntate oa rōna ea lerato o bona maemo a rōna ebile oa a tseba, ’me a ka re fa thuso le matla ao re a hlokang hore re boloke bomoea ba rōna. (Pesaleme ea 33:18, 19) Haeba re itšetlehile ka eena, re mo tšepa re bile re ipiletsa ho eena, o tla re thusa ho hanyetsa moea oa lefatše, ho sa tsotellehe hore na re ka ’na ra ba boemong bo thata hakae.—Esaia 41:10.
18. Ke hobane’ng ha re lokela ho ananela kamano ea rōna le Jehova?
18 Lefatšeng le arohaneng le Molimo le thetsoang ke Satane, rōna re le batho ba Jehova re hlohonolofalitsoe ka ho tseba ’nete. Ka hona, re fumana thabo le khotso tseo lefatše le se nang tsona. (Esaia 57:20, 21; Bagalata 5:22) Re ananela tšepo e babatsehang ea bophelo bo sa feleng Paradeiseng, moo ho ke keng ha hlola ho e-ba le moea oa lefatše lena le lebileng timelong. Ka hona, e se eka re ka ananela kamano ea rōna ea bohlokoa le Molimo ’me ra falimehela ho lokisa tšekamelo leha e le efe ea ho suthela thōko moeeng. A re atameleng ho Jehova kamehla, ’me o tla re thusa ho hanyetsa moea oa lefatše.—Jakobo 4:7, 8.
Na U ka Hlalosa?
• Satane o thetsitse batho le ho ba khelosa ka litsela life?
• Re ka qoba ho suthela thōko le Jehova joang?
• Ke eng e bontšang hore moea oa lefatše o matla?
• Re ka fumana moea o tsoang ho Molimo ra ba ra lula re e-na le oona joang?
[Chate e leqepheng la 11]
BOHLALE BA LEFATŠE HA BO BAPISOA LE BOHLALE BO TSOANG HO MOLIMO
’Nete e itšetlehile ka maemo—batho ba iqapela ’nete.
“Lentsoe la [Molimo] ke ’nete.”—Johanne 17:17.
Hore u khetholle se nepahetseng ho se fosahetseng, itšetlehe ka maikutlo a hao.
“Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ’me e tsitlella seo e se batlang.”—Jeremia 17:9.
Etsa seo u se batlang.
“Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.”—Jeremia 10:23.
Leruo ke senotlolo sa ho fumana thabo.
“Lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe.”—1 Timothea 6:10.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Solomone o ile a suthela thōko le borapeli ba ’nete eaba o retelehela ho melimo ea bohata
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Joaloka mophatlalatsi, Satane o buella moea oa lefatše. Na ua o hanyetsa?