Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 11:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Solomone a qala ho latela Ashtorethe+ molimotsana oa Basidone le Milkome+ ntho e nyonyehang ea Baammone.

  • Pesaleme 106:35
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 35 Ba qala ho itsoakanya le lichaba+

      Ba ithuta mesebetsi ea tsona.+

  • Esaia 1:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Motse o tšepahalang+ o fetohile letekatse+ hakaakang! O ne o tletse toka;+ ho loka ho ne ho lula ho oona,+ empa joale ho lula babolai.+

  • Esaia 57:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 U behile sehopotso+ sa hao ka mor’a lemati le kosene ea monyako. Etsoe kantle le ’na u ile ua hlobola ’me ua nyoloha; ua etsa hore bethe ea hao e be khōlō.+ Ua iketsetsa selekane le bona. U ratile ho ba betheng le bona.+ U ile ua bona setho sa botona.

  • Jeremia 2:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 “‘Etsoe ke khale ke robile joko ea hao likoto;+ ka khaola marapo a hao. Empa ua re: “Nke ke ka sebeletsa,” etsoe u ne u robala u thakhaletse+ leralleng le leng le le leng le phahameng le ka tlas’a sefate se seng le se seng se behang haholo,+ u ikentse letekatse.+

  • Hosea 1:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Ho bile le ho qaleha ha lentsoe la Jehova ka Hosea, eaba Jehova o re ho Hosea: “E-ea,+ u inkele mosali oa bohlola le bana ba bohlola, hobane ka sebele naha ka bohlola e furalla ho latela Jehova.”+

  • Jakobo 4:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Basali ba bafebi,+ na ha le tsebe hore setsoalle le lefatše ke bora ho Molimo?+ Ka hona, mang kapa mang ea batlang ho ba motsoalle+ oa lefatše o iketsa sera sa Molimo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela