Ea Bobeli ea Samuele
kapa, ho ea ka Septuagint ea Segerike, EA BOBELI EA MARENA
1 Eitse ka mor’a lefu la Saule, le ha Davida a ne a khutlile ho bolaeeng Baamaleke,+ Davida a tsoela pele ho lula Ziklage+ matsatsi a mabeli. 2 Eitse ka letsatsi la boraro, bonang! monna+ e mong o ne a tsoa liahelong, ho Saule, liaparo tsa hae li hahotsoe+ ’me a le mobu hloohong;+ eare ha a fihla ho Davida, hang-hang a itihela fatše+ ’me a khumama.
3 Davida a re ho eena: “U tsoa hokae?” eaba o re ho eena: “Ke phonyohile liahelong tsa Iseraele.” 4 Davida a tsoela pele ho re ho eena: “Taba eo e tsamaile joang? Ka kōpo, mpolelle.” Eaba o re: “Batho ba balehile ntoeng ’me batho ba bangata ba oele hoo ba shoeleng,+ esita le Saule+ le mora oa hae Jonathane+ ba shoele.” 5 Joale Davida a re ho mohlankana ea neng a mo bolella: “U tseba joang hore ehlile Saule o shoele hammoho le mora oa hae Jonathane?”+ 6 Eaba mohlankana ea neng a mo bolella o re: “Ka tšohanyetso ke ile ka ba Thabeng ea Gilboa,+ ’me Saule o ne a itšetlehile ka lerumo la hae;+ bona! bakhanni ba likoloi le banna ba kaletseng ba ne ba mo fumane.+ 7 Ha a reteleha ’me a mpona, joale a mpitsa, ’me ka re, ‘Ke ’na enoa!’ 8 A tsoela pele ho re ho ’na, ‘U mang?’ eaba ke re ho eena, ‘Ke ’na Moamaleke.’+ 9 Joale a re, ‘Ka kōpo, ema holim ’a ka ’me u mpolaee, etsoe kea opeloa, hobane moea+ oa ka kaofela o ntse o le ka ho ’na.’ 10 Kahoo ka ema holim ’a hae ’me ka mo bolaea,+ etsoe ke ne ke tseba hore o ne a ke ke a phela ka mor’a hore a oe. Joale ka nka mofapa-hlooho+ o neng o le hloohong ea hae le sepetja se neng se le letsohong la hae, e le hore nka li tlisa mona ho moren ’a ka.”
11 Eaba Davida o tšoara liaparo tsa hae ’me oa li hahola,+ le banna bohle ba neng ba e-na le eena ba etsa joalo. 12 Ba qala ho bokolla le ho lla+ le ho itima lijo+ ho fihlela mantsiboea ka lebaka la Saule le ka lebaka la mora oa hae Jonathane le ka lebaka la batho ba Jehova le ka lebaka la ba ntlo ea Iseraele,+ hobane ba ne ba oele ka sabole.
13 Joale Davida a re ho mohlankana ea neng a mo bolella: “U tsoa hokae?” eaba o re: “’Na ke mora oa mojaki, Moamaleke.”+ 14 Joale Davida a re ho eena: “Ho tlile joang hore ebe ha ua ka ua tšaba+ ho otlolla letsoho la hao ho felisa motlotsuoa+ oa Jehova?” 15 Eaba Davida o bitsa e mong oa bahlankana ’me o re: “Atamela. Mo hlabe.” Tumellanong le hoo a mo hlaba hoo a ileng a shoa.+ 16 Joale Davida a re ho eena: “Molato oa mali bakeng sa hao o be holim ’a hlooho ea hao,+ hobane molomo oa hao o pakile khahlanong le uena,+ oa re, ‘Ke bolaile+ motlotsuoa oa Jehova.’”
17 Davida a bina pina ena ea koli-ea-malla+ ka lebaka la Saule le mora+ oa hae Jonathane 18 ’me a re bara ba Juda+ ba lokela ho rutoa “Seqha.”+ Bonang! E ngotsoe bukeng ea Jashare:+
19 “Uena Iseraele, botle bo bolailoe holim ’a libaka tsa hao tse phahameng.+
Banna ba matla ba oele hakaakang!
20 Le se ke la ho bolela Gathe;+
Le se ke la ho tsebahatsa literateng tsa Ashkelone,+
Esere barali ba Bafilista ba nyakalla,
Esere barali ba banna ba sa bollang ba thaba.+
21 Lōna lithaba tsa Gilboa,+ ho se ke ha e-ba le phoka, ho se ke ha e-ba le pula holim ’a lōna, kapa ha e-ba le masimo a menehelo e halalelang;+
Hobane thebe ea ba matla e ile ea silafatsoa moo,
Thebe ea Saule, hoo ho sa kang ha e-ba le ea mong ea tlotsitsoeng ka oli.+
22 Maling a ba bolailoeng, mafureng a ba matla,
Seqha sa Jonathane ha sea ka sa khutla,+
Sabole ea Saule e ne e sa khutle ntle ho katleho.+
23 Saule le Jonathane,+ ba ratehang le ba khahlehang ha ba ne ba sa phela,
Le lefung la bona ha baa ka ba arohanngoa.+
Ba ne ba le lebelo ho feta lintsu,+
Ba ne ba le matla ho feta litau.+
24 Lōna barali ba Iseraele, llelang Saule,
Ea ileng a le apesa ka sekareleta le mokhabiso,
Ea ileng a beha mekhabiso ea khauta liaparong tsa lōna.+
25 Ba matla ba oele hakaakang bohareng ba ntoa!+
Jonathane o bolailoe libakeng tsa hao tse phahameng!+
26 Ke mahlomoleng ka lebaka la hao, mor’eso Jonathane,
U ne u khahleha haholo ho ’na.+
Lerato la hao ho ’na le ne le hlolla haholo ho feta lerato le tsoang ho basali.+
2 Eitse ka mor’a moo Davida a botsa Jehova,+ a re: “Na ke nyolohele ho o mong oa metse ea Juda?” Eaba Jehova o re ho eena: “Nyoloha.” Davida a tsoela pele ho re: “Ke tla nyolohela hokae?” Joale a re: “Hebrone.”+ 2 Ka lebaka leo Davida a nyolohela moo hammoho le basali ba hae ba babeli, Akinoame+ mosali oa Mojezriele le Abigaile+ mosali oa Nabale Mokarmele. 3 Davida a nyolla banna+ ba neng ba e-na le eena, e mong le e mong le ba ntlo ea hae; ba lula metseng e sebakeng sa Hebrone. 4 Joale banna ba Juda+ ba tla ’me ba tlotsa+ Davida moo hore e be morena oa ntlo ea Juda.+
Ba bolella Davida, ba re: “Banna ba Jabeshe-gileade ke bona ba patileng Saule.” 5 Kahoo Davida a romela manģosa ho banna ba Jabeshe-gileade+ ’me a re ho bona: “E se eka le ka hlohonolofatsoa ke Jehova,+ hobane le bontšitse mosa ona o lerato+ ho morena oa lōna, ho Saule, ka hore ebe le mo patile.+ 6 Joale e se eka Jehova a ka le bontša mosa o lerato+ le botšepehi, le ’na ke tla le bontša molemo ona hobane le entse ntho ena.+ 7 Joale matsoho a lōna a ke a imatlafatse ’me le be banna ba sebete,+ hobane morena oa lōna Saule o shoele, ’me ba ntlo ea Juda ba ntlotsitse hore ke be morena+ oa bona.”
8 Ha e le Abnere+ mora oa Nere molaoli oa lebotho la Saule, a nka Ish-boshethe,+ mora oa Saule, a mo tšelisetsa Mahanaime,+ 9 ’me a mo etsa morena oa Gileade+ le oa Baashure le oa Jezriele+ le oa Efraime+ le oa Benjamine+ le oa Iseraele, kaofela ha eona. 10 Ish-boshethe, mora oa Saule, o ne a le lilemo li mashome a mane ha e e-ba morena oa Iseraele, ’me a busa e le morena ka lilemo tse peli. Ke ntlo ea Juda+ feela e ileng ea latela Davida. 11 Palo ea matsatsi ao ka ’ona Davida e ileng ea e-ba morena oa ntlo ea Juda Hebrone ea e-ba lilemo tse supileng le likhoeli tse tšeletseng.+
12 Ka mor’a nako Abnere mora oa Nere le bahlanka ba Ish-boshethe, mora oa Saule, ba tsoa Mahanaime+ ba ea Gibeone.+ 13 Ha e le Joabe+ mora oa Tseruja+ le bahlanka ba Davida, ba tsoa ’me hamorao ba kopana hammoho letamong la Gibeone; ba ’na ba lula, bana ka lehlakoreng lena la letamo le bane ka lehlakoreng lane la letamo. 14 Qetellong Abnere a re ho Joabe: “Ka kōpo, e-re bahlankana ba eme, ’me ba loane ka pel’a rōna.” Eaba Joabe o re: “E-re ba eme.” 15 Kahoo ba ema eaba ba tšela ho ea ka palo, ba leshome le metso e ’meli e le ba Benjamine le Ish-boshethe,+ mora oa Saule, le ba leshome le metso e ’meli ho bahlanka ba Davida. 16 Ba qala ho tšoarana ka lihlooho, sabole ea e mong le e mong e le lehlakoreng la e mong, hoo ba ileng ba oa hammoho. Sebaka seo sa bitsoa Helkathe-hazurime, e Gibeone.+
17 Ntoa ea e-ba boima ka ho fetisisa letsatsing leo, ’me qetellong Abnere+ le banna ba Iseraele ba hlōloa ka pel’a bahlanka ba Davida. 18 Joale bara ba bararo ba Tseruja+ ba ne ba le moo, Joabe+ le Abishai+ le Asahele;+ ’me Asahele o ne a le lebelo, joaloka e ’ngoe ea litšephe+ tse naheng e sabaletseng. 19 Asahele a qala ho lelekisa Abnere, ’me ha aa ka a khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali ha a latela Abnere. 20 Qetellong Abnere a hetla ’me a re: “Na ke uena, Asahele?” eaba o re: “Ke ’na.” 21 Joale Abnere a re ho eena: “Khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali ’me u itšoarele e mong oa bahlankana ’me u inkele seo u mo hlobolisang+ sona.” Asahele o ne a sa batle ho kheloha hore a se ke a mo latela. 22 Kahoo Abnere a boela a re ho Asahele: “Kheloha tsela ea hao hore u se ke ua ntatela. Ke hobane’ng ha ke lokela ho u bolaela fatše?+ Joale, nka phahamisetsa sefahleho sa ka joang ho mor’eno Joabe?” 23 Empa a ’na a hana ho kheloha; Abnere a mo hlaba mpeng+ ka ntlha ea thekō ea lerumo, hoo lerumo le ileng la hlahella ka morao; eaba o oela moo ’me o shoella moo a neng a le hona teng. Bohle ba neng ba fihla sebakeng seo Asahele a oeleng le ho shoella ho sona ba ne ba ema.+
24 Joabe le Abishai ba qala ho lelekisa Abnere. Ha letsatsi le likela ba fihla leralleng la Ama, le leng ka pel’a Gia tseleng e eang lefeelleng la Gibeone.+ 25 Bara ba Benjamine ba qala ho phutheha ka mor’a Abnere, ’me ea e-ba sehlopha se le seng ’me ba ’na ba ema tlhōrōng ea leralla le leng. 26 Abnere a qala ho hoeletsa Joabe a re: “Na lerumo le tla ja+ ka ho sa feleng? Na ha u tsebe hore ruri bohloko bo tla ba teng qetellong?+ Joale, e tla ba halelele hakae pele u re batho ba tlohele ho latela barab’abo bona?”+ 27 Eaba Joabe o re: “Ka Molimo oa ’nete ea phelang,+ haeba u ne u sa bua,+ joale batho bana ba ka be ba khutlisitsoe hoseng, hore e mong le e mong a se ke a latela mor’abo.” 28 Joale Joabe a letsa lenaka,+ eaba batho kaofela baa ema ’me ha baa ka ba hlola ba tsoela pele ho lelekisa Baiseraele, ’me ha baa ka ba hlola ba tsosolosa ntoa.
29 Ha e le Abnere le banna ba hae, ba tsamaea ho pholletsa le Araba+ bosiu boo bohle ’me ba qala ho tšela Jordane+ eaba ba tsamaea ho pholletsa le khohlo eohle ’me qetellong ba fihla Mahanaime.+ 30 Ha e le Joabe, a khutla ho lateleng Abnere ’me a qala ho phutha batho bohle. Ho bahlanka ba Davida ho ne ho haella banna ba leshome le metso e robong le Asahele. 31 Bahlanka ba Davida ba ne ba bolaile ba Benjamine le ba banna ba Abnere—ho ne ho shoele banna ba makholo a mararo le mashome a tšeletseng.+ 32 Ba nka Asahele+ ’me ba mo pata sebakeng sa lepato sa ntat’ae,+ se leng Bethlehema.+ Joale Joabe le banna ba hae ba qala ho tsamaea bosiu bohle, ’me ba fihla Hebrone ka meso.+
3 Ntoa pakeng tsa ba ntlo ea Saule le ba ntlo ea Davida ea tsoela pele ka nako e telele;+ Davida a ’na a ba matla,+ ’me ntlo ea Saule ea ’na ea fokola ka ho eketsehileng.+
2 Khabareng, Davida a tsoalloa bara+ Hebrone,+ ’me letsibolo la hae ea e-ba Amnone+ ka Akinoame+ mosali oa Mojezriele. 3 Mora oa hae oa bobeli e ne e le Kileabe+ ka Abigaile+ mosali oa Nabale Mokarmele, ’me oa boraro e ne e le Absalome+ mora oa Maaka morali oa Talmai+ morena oa Geshure. 4 Oa bone e ne e le Adonija+ mora oa Hagithe,+ ’me oa bohlano e ne e le Shefatia+ mora oa Abitale. 5 Oa botšelela e ne e le Ithereame+ ka Egla, mosali oa Davida. Bana ke ba ileng ba tsoalloa Davida Hebrone.
6 Eare ha ntoa e ntse e tsoela pele pakeng tsa ba ntlo ea Saule le ba ntlo ea Davida, Abnere+ a matlafatsa boemo ba hae ka ho tsoelang pele ka tlung ea Saule. 7 Joale Saule o ne a bile le serethe seo lebitso la sona e neng e le Rizpa,+ morali oa Aja.+ Hamorao Ish-boshethe+ a re ho Abnere: “Ke hobane’ng ha u kopanetse liphate le serethe+ sa Ntate?” 8 Abnere a halefa+ haholo ka lebaka la mantsoe a Ish-boshethe ’me a tsoela pele ho re: “Na ’na ke hlooho ea ntja+ ea Juda? Kajeno ke ntse ke bontša mosa o lerato ntlong ea ntat’ao Saule, ho barab’abo le ho metsoalle e neng e ntšana se inong le eena, ’me ha kea etsa hore u iphumane u le matsohong a Davida; empa leha ho le joalo u batla hore ke ikarabelle bakeng sa phoso e malebana le mosali kajeno. 9 Kahoo e se eka Molimo a ka etsa Abnere joalo ’me e se eka a ka ekelletsa ho seo,+ haeba, feela joalokaha Jehova a hlapanyelitse Davida,+ nke ke ka etsa ka tsela eo ho eena, 10 e le hore ke tlose ’muso ntlong ea Saule ’me ke tiise terone ea Davida holim ’a Iseraele le holim ’a Juda ho tloha Dane ho ea Beerseba.”+ 11 Ha aa ka a khona ho bua lentsoe le leng hape ho araba Abnere ka lebaka la ho mo tšaba.+
12 Ka lebaka leo Abnere a romela manģosa ho Davida hang-hang, a re: “Naha ke ea mang?” a eketsa: “Hlaba selekane sa hao le ’na, ’me, bona! letsoho la ka le tla ba le uena ho retelletsa Baiseraele bohle ka lehlakoreng la hao.”+ 13 Eaba o re: “Ke hantle! Ke tla hlaba selekane le uena. Ho na le ntho e le ’ngoe feela eo ke e kōpang ho uena, ke re, ‘U se ke ua talima sefahleho+ sa ka ntle le hore pele u tlise Mikale,+ morali oa Saule, ha u tlil’o bona sefahleho sa ka.’” 14 Ho ekelletsa moo, Davida a romela manģosa ho Ish-boshethe,+ mora oa Saule, a re: “Nehelana ka mosali oa ka Mikale, eo ke ileng ka itebelletsa eena ka lintlha tse lekholo tsa matlalo a litho tsa botona+ tsa Bafilista.” 15 Kahoo Ish-boshethe a romeletsa ’me a mo nka ho monna oa hae, Paltiele+ mora oa Laishe. 16 Empa monna oa hae a ’na a tsamaea le eena, a lla ha a ntse a mo setse morao ho ea fihla Bahurime.+ Joale Abnere a re ho eena: “Tsamaea, khutlela morao!” Eaba oa khutla.
17 Ho sa le joalo Abnere o ne a bile le puisano le banna ba baholo ba Iseraele, a re: “Maobane le pele+ le ile la batla hore Davida e be morena oa lōna. 18 Joale nkang bohato, etsoe Jehova o itse ho Davida, ‘Ka letsoho la mohlanka oa ka Davida+ ke tla pholosa sechaba sa ka sa Iseraele matsohong a Bafilista le matsohong a lira tsohle tsa bona.’” 19 Joale Abnere a boela a bua moo Benjamine+ a ntseng a utloa, ka mor’a moo Abnere a boela a bua moo Davida a ntseng a utloa Hebrone sohle se neng se le molemo mahlong a Baiseraele le mahlong a bohle ba ntlo ea Benjamine.
20 Ha Abnere a fihla ho Davida Hebrone, ’me a e-na le banna ba mashome a mabeli, Davida a etsetsa Abnere mokete+ le banna ba neng ba e-na le eena. 21 Joale Abnere a re ho Davida: “E-re ke eme ke tsamaee ’me ke bokellele Baiseraele bohle ho khosi ea ka morena, e le hore ba ka hlaba selekane le uena, ’me ka sebele u tla ba morena oa sohle seo moea oa hao o se lakatsang.”+ Kahoo Davida a re Abnere a tsamaee, eaba o tsamaea ka khotso.+
22 Bonang! bahlanka ba Davida le Joabe ba ne ba tsoa phutuhong, ’me thepa e hapuoeng+ eo ba neng ba tlile le eona e ne e le ngata. Ha e le Abnere, o ne a se ’moho le Davida Hebrone, kaha o ne a itse a tsamaee, eaba o tsamaea ka khotso. 23 Joabe+ le lebotho lohle le neng le e-na le eena ba kena, joale ba tlalehela Joabe, ba re: “Abnere+ mora oa Nere+ o tlile ho morena, eaba o re a tsamaee, ’me o itsamaetse ka khotso.” 24 Kahoo Joabe a kena ho morena ’me a re: “U entse’ng?+ Bona! Abnere o tlile ho uena. Ke hobane’ng ha u ile ua re a tsamaee hoo a tsamaileng ka katleho? 25 U tseba Abnere mora oa Nere hantle, hore o ne a tlil’o u thetsa le ho tseba ho tsoa ha hao le ho kena+ ha hao le ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang.”+
26 Eaba Joabe o tloha ho Davida ’me o romela manģosa ka mor’a Abnere, joale a mo khutlisa+ selibeng sa Sira; ’me Davida o ne a sa tsebe hoo. 27 Ha Abnere a khutletse Hebrone,+ joale Joabe a mo nkela ka thōko ka har’a heke hore a bue le eena ka lenyele.+ Leha ho le joalo, a mo hlaba mpeng+ hona moo, hoo a ileng a shoa ka lebaka la mali a Asahele+ mor’abo. 28 Ka mor’a moo ha Davida a utloa ka hona, hang-hang a re: “’Na le ’muso oa ka, ponong ea Jehova, re hloka molato+ ho isa nakong e sa lekanyetsoang maling a Abnere mora oa Nere. 29 E se eka a ka khutlela holim ’a hlooho+ ea Joabe le holim ’a ntlo eohle ea ntat’ae, ’me ho se ke ha tlosoa ntlong+ ea Joabe monna ea nang le mohlapo o lutlang+ kapa molepera+ kapa monna ea tšoarang thupa e ohlang+ kapa ea oang ka sabole kapa ea hlokang bohobe!”+ 30 Ha e le Joabe le Abishai+ mor’abo, ba bolaea Abnere+ ka lebaka la hore o ne a bolaile mor’abo bona Asahele ntoeng Gibeone.+
31 Joale Davida a re ho Joabe le batho bohle ba neng ba e-na le eena: “Haholang+ liaparo tsa lōna le itlame ka lesela la mokotla+ ’me le bokolle ka pel’a Abnere.” Esita le Morena Davida o ne a tsamaea ka mor’a setulo se kang bethe. 32 Ba pata Abnere Hebrone; morena a qala ho phahamisa lentsoe ’me a lla sebakeng sa lepato sa Abnere, le batho bohle ba qala ho lla.+ 33 Morena a tsoela pele ho binela Abnere a re:
“Na Abnere o lokela ho shoa lefu le kang la motho ea se nang kelello?+
34 Matsoho a hao a ne a sa tlangoa,+
Maoto a hao a ne a sa tlangoa ka litlamo tsa koporo.+
U oele joaloka ea oelang ka pel’a bara ba ho se loke.”+
Eaba batho bohle ba mo llela+ hape.
35 Hamorao batho bohle ba tla ho tla fa Davida bohobe+ ba matšeliso hona letsatsing leo, empa Davida a hlapanya, a re: “Kahoo e se eka Molimo a ka nketsa+ joalo ’me e se eka a ka ekelletsa ho seo, haeba pele letsatsi le likela+ ke tla latsoa bohobe kapa ntho leha e le efe!” 36 Batho bohle ba hlokomela, ’me ho ne ho le molemo mahlong a bona. Joaloka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo morena a neng a e etsa, ho ne ho le molemo mahlong a batho bohle.+ 37 Batho bohle le Baiseraele bohle ba tseba letsatsing leo hore ho ne ho sa simoloha ho morena hore Abnere mora oa Nere a bolaoe.+ 38 Morena a tsoela pele ho re ho bahlanka ba hae: “Na ha le tsebe hore ke khosana le monna e moholo ea oeleng letsatsing lee Iseraele?+ 39 ’Na kajeno kea fokola le hoja ke tlotsitsoe+ hore ke be morena, ’me banna bana, bara ba Tseruja,+ baa ntlhōla.+ E se eka Jehova a ka buseletsa moetsi oa se sebe ho ea ka bobe ba hae.”+
4 Ha mora+ oa Saule a utloa hore Abnere o shoeletse Hebrone,+ joale matsoho a hae a tepella+ ’me Baiseraele bohle ba ferekana. 2 Ho ne ho e-na le banna ba babeli, balaoli ba lihlopha tse futuhang,+ bao e neng e le ba mora oa Saule, lebitso la e mong e le Baana ’me lebitso la e mong e le Rekabe, bara ba Rimone Mobeerothe, oa bara ba Benjamine; etsoe Beerothe,+ le eona, e ne e balelloa e le karolo ea Benjamine. 3 Babeerothe ba qala ho balehela Gitaime,+ ’me ea e-ba bajaki moo ho fihlela letsatsing lena.
4 Joale Jonathane,+ mora oa Saule, o ne a e-na le mora ea holofetseng maoto.+ O ne a le lilemo li hlano ha tlaleho e mabapi le Saule le Jonathane e ne e tsoa Jezriele;+ mohlokomeli oa hae a qala ho mo nka ’me a baleha, empa eare ha a ntse a matha a tšohile hore a balehe, joale mora eo a oela ’me a holofala. Lebitso la hae e ne e le Mefiboshethe.+
5 Bara ba Rimone Mobeerothe, Rekabe le Baana, ba tsamaea ’me ba fihla ntlong ea Ish-boshethe+ hoo e ka bang ha letsatsi le se le chesa, ha a sa ntse a itse shoa! har’a mp’a motšehare. 6 Ba kena ka har’a ntlo joaloka banna ba latang koro, joale ba mo hlaba mpeng;+ Rekabe le Baana+ mor’abo ba baleha. 7 Ha ba kena ka tlung, o ne a robetse betheng ea hae ka kamoreng ea hae ea ho robala e ka hare, eaba baa mo hlaba hoo ba ileng ba mo bolaea,+ ka mor’a moo ba mo khaola hlooho+ eaba ba nka hlooho ea hae ’me ba tsamaea tseleng e eang Araba bosiu bohle. 8 Qetellong ba tlisa hlooho ea Ish-boshethe+ ho Davida Hebrone ’me ba re ho morena: “Hlooho ea Ish-boshethe mora oa Saule sera+ sa hao ea neng a batla moea+ oa hao ke ena; empa letsatsing lena Jehova o fa khosi ea ka morena boiphetetso+ ho Saule le bana ba hae.”
9 Leha ho le joalo, Davida a araba Rekabe le Baana mor’abo, bara ba Rimone Mobeerothe, a re ho bona: “Ka Jehova ea phelang,+ ea ileng a lopolla+ moea+ oa ka mahlomoleng+ ’ohle, 10 ha ho ne ho e-na le ea ntlalehelang,+ a re, ‘Bona! Saule o shoele,’ ’me mahlong a hae o bile joaloka ea tlisang litaba tse molemo, leha ho le joalo, ke ile ka mo tšoara ’me ka mo bolaea+ Ziklage ha e ne e le tokelo ea ka hore ke mo fe tefo ea lenģosa; 11 ho joalo hakaakang ha banna ba khopo+ ba bolaile monna ea lokileng ka tlung ea hae betheng ea hae? Na joale ha kea lokela ho batla mali a hae matsohong+ a lōna, ’me na nke ke ka le tlosa lefatšeng?”+ 12 Eaba Davida o laela bahlankana ’me ba ba bolaea+ eaba ba ba khaola matsoho le maoto ’me ba ba fanyeha+ haufi le letamo Hebrone; ba nka hlooho ea Ish-boshethe ba nt’ano e pata sebakeng sa lepato sa Abnere Hebrone.+
5 Ka mor’a nako meloko eohle ea Iseraele ea tla ho Davida+ Hebrone+ ’me ea re: “Bona! Re lesapo la hao le nama ea hao.+ 2 Maobane le pele+ ha Saule e ne e le morena oa rōna, ke uena ea neng a ntša Baiseraele le ea neng a ba kenya.+ Jehova a re ho uena, ‘U tla lisa+ sechaba sa ka sa Iseraele, ’me u tla ba moeta-pele+ oa Iseraele.’” 3 Kahoo banna bohle ba baholo+ ba Iseraele ba tla ho morena Hebrone, ’me Morena Davida a hlaba selekane+ le bona Hebrone ka pel’a Jehova; ka mor’a moo ba tlotsa+ Davida hore e be morena oa Iseraele.+
4 Davida o ne a le lilemo li mashome a mararo ha e e-ba morena. A busa e le morena ka lilemo tse mashome a mane.+ 5 A busa Hebrone e le morena oa Juda ka lilemo tse supileng le likhoeli tse tšeletseng;+ a busa Jerusalema+ e le morena ka lilemo tse mashome a mararo a metso e meraro holim ’a Baiseraele bohle le Bajuda. 6 Ka lebaka leo morena le banna ba hae ba ea Jerusalema ba futuhela Bajebuse+ ba lulang naheng eo, eaba ba qala ho re ho Davida: “U ke ke ua kena mona, empa ka sebele ba foufetseng le ba holofetseng ba tla u leleka,”+ ba nahana hore: “Davida a ke ke a kena mona.” 7 Leha ho le joalo, Davida a hapa qhobosheane ea Sione,+ ke hore, Motse oa Davida.+ 8 Kahoo Davida a re letsatsing leo: “Mang kapa mang ea hlaselang Bajebuse,+ a sebelisa kotopo ea metsi,+ a ke a kopane le ba holofetseng le ba foufetseng, ba hloiloeng ke moea oa Davida!” Ke ka lebaka leo ba reng: “Ea foufetseng le ea holofetseng a ke ke a kena ka tlung.” 9 Davida a lula qhobosheaneng, ’me ea bitsoa Motse oa Davida; Davida a qala ho haha ho potoloha ka hohle ho tloha Tutulung+ le ho kenella ka hare. 10 Kahoo Davida a ’na a ba moholo haholo,+ ’me Jehova Molimo oa mabotho+ o ne a e-na le eena.+
11 Hirame+ morena oa Tyre a romela manģosa+ ho Davida, le lifate tsa kedare+ le ba sebetsang ka lehong le ba sebetsang ka lejoe bakeng sa marako, ’me ba qala ho hahela Davida ntlo.+ 12 Davida a tseba hore Jehova o ne a mo tiisitse ka thata hore e be morena oa Iseraele+ le hore o ne a phahamisitse+ ’muso oa hae ka lebaka la sechaba sa hae sa Iseraele.+
13 Khabareng, Davida a tsoela pele ho nka lirethe+ le basali+ ba eketsehileng Jerusalema ka mor’a hore a tle ho tsoa Hebrone; Davida a tsoela pele ho tsoalloa bara le barali ba eketsehileng. 14 Ana ke mabitso a bao a ileng a ba tsoalloa Jerusalema: Shamua+ le Shobabe+ le Nathane+ le Solomone,+ 15 le Ibhare le Elishua+ le Nefege+ le Jafia,+ 16 le Elishama+ le Eliada le Elifelete.+
17 Bafilista ba utloa hore ba ne ba tlotsitse Davida hore e be morena oa Iseraele.+ Eaba Bafilista bohle baa nyoloha ho tla batla Davida. Ha Davida a utloa ka hona, joale a theohela sebakeng seo ho leng thata ho se atamela.+ 18 Bafilista ba kena ’me ba ’na ba chalaka khohlong ea Barefaime.+ 19 Davida a qala ho botsa+ Jehova, a re: “Na ke nyolohe ke futuhele Bafilista? Na u tla nehelana ka bona letsohong la ka?” Eaba Jehova o re ho Davida: “Nyoloha, kaha ruri ke tla nehelana ka Bafilista matsohong a hao.”+ 20 Kahoo Davida a tla Baale-perazime,+ eaba Davida o ba bolaela moo. Eaba o re: “Jehova o qhalakantse lira+ tsa ka ka pel’a ka, joaloka lekhalo le entsoeng ke metsi.” Ke ka lebaka leo a ileng a reha sebaka seo lebitso la Baale-perazime.+ 21 Ka lebaka leo ba siea litšoantšo tsa bona tse rapeloang+ moo, kahoo Davida le banna ba hae ba li tlosa.+
22 Hamorao Bafilista ba boela+ ba nyoloha ’me ba chalaka khohlong ea Barefaime.+ 23 Eaba Davida o botsa+ Jehova, empa a re: “U se ke ua nyoloha. Ba pote ka morao, ’me u ba futuhele ka pel’a lihlahla tsa bak’ha.+ 24 Etlare ha u utloa molumo oa ho tsamaea holim ’a lihlahla tsa bak’ha, nakong eo u nke khato kapele-pele,+ hobane nakong eo Jehova o tla be a u eteletse pele ho ea bolaea lebotho la Bafilista.”+ 25 Tumellanong le hoo Davida a etsa joalo, feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse,+ ’me a qala ho bolaea+ Bafilista ho tloha Geba+ ho ea fihla Gezere.+
6 Davida a boela a bokella banna bohle ba khethehileng Iseraele,+ ba likete tse mashome a mararo. 2 Joale Davida le banna bohle ba neng ba e-na le eena ba ema ’me ba ea Baale-juda+ ho ea lata areka+ ea Molimo oa ’nete, moo ho ipiletsoang lebitsong, lebitsong+ la Jehova oa mabotho,+ ea lutseng holim ’a likerubime.+ 3 Leha ho le joalo, ba palamisa areka ea Molimo oa ’nete koloing e ncha,+ e le hore ba ka e tlosa ntlong ea Abinadabe,+ e neng e le leralleng; Uza le Akio,+ bara ba Abinadabe, ba ne ba eteletse koloi eo e ncha pele.
4 Kahoo ba e tlosa ntlong ea Abinadabe, e neng e le leralleng—le areka ea Molimo oa ’nete; Akio o ne a tsamaea ka pel’a Areka. 5 Davida le bohle ba ntlo ea Iseraele ba ne ba keteka ka pel’a Jehova ka liletsa tsa mefuta eohle tsa lehong la junipere le ka liharepa+ le ka liletsa tse likhoele+ le ka meropa e menyenyane+ le ka lisistrame le ka licymbala.+ 6 Qetellong ba fihla seotlong sa Nakone, joale Uza+ a otlollela letsoho arekeng ea Molimo oa ’nete ’me a e tšoara,+ etsoe likhomo li ile tsa batla li e phethola. 7 Eaba bohale+ ba Jehova bo tukela Uza ’me Molimo oa ’nete a mo bolaela+ moo ka lebaka la ketso eo e hlokang tlhompho, hoo a ileng a shoela moo haufi le areka ea Molimo oa ’nete.+ 8 Davida a halefa ka lebaka la hore Jehova o ne a otlile Uza ka khalefo, ’me sebaka seo sa bitsoa Pereze-uza ho fihlela letsatsing lena.+ 9 Davida a tšaba Jehova+ letsatsing leo ’me a qala ho re: “Areka ea Jehova e tla tla joang ho ’na?”+ 10 Davida o ne a sa rate ho tlosa areka ea Jehova ho e tlisa ho eena Motseng oa Davida.+ Kahoo Davida a etsa hore e isoe ntlong ea Obed-edomo+ Mogathe.+
11 Areka ea Jehova ea ’na ea lula ntlong ea Obed-edomo Mogathe ka likhoeli tse tharo; Jehova a ’na a hlohonolofatsa+ Obed-edomo le bohle ba ntlo ea hae.+ 12 Qetellong ha tlaleheloa Morena Davida, ha thoe: “Jehova o hlohonolofalitse ntlo ea Obed-edomo le sohle sa hae ka lebaka la areka ea Molimo oa ’nete.” Eaba Davida oa tsamaea ’me o tlosa areka ea Molimo oa ’nete ntlong ea Obed-edomo o e isa Motseng oa Davida ka thabo.+ 13 Eitse ha bajari+ ba areka ea Jehova ba tsamaile mehato e tšeletseng, kapele-pele a etsa sehlabelo ka poho le phoofolo e nontšitsoeng.+
14 Davida o ne a tjeka ka pel’a Jehova ka matla a hae ’ohle, nakong eo eohle Davida o ne a ntse a itlamme ka efoda+ ea line. 15 Davida le bohle ba ntlo ea Iseraele ba ne ba nyolla areka+ ea Jehova ka mohoo+ oa thabo le molumo oa lenaka.+ 16 Eitse ha areka ea Jehova e kena Motseng oa Davida, Mikale,+ morali oa Saule, a talima tlaase ka fensetere a bona Morena Davida a tlōla ’me a tjeka ka pel’a Jehova; a qala ho mo nyelisa+ ka pelong ea hae.+ 17 Kahoo ba tlisa areka ea Jehova ’me ba e beha sebakeng sa eona ka har’a tente eo Davida a neng a e hlometse eona;+ ka mor’a moo Davida a nyehela mahlabelo a secheso+ le mahlabelo a kopanetsoeng+ ka pel’a Jehova. 18 Ha Davida a qetile ho nyehela mahlabelo a secheso le mahlabelo a kopanetsoeng, joale a hlohonolofatsa+ batho ka lebitso la Jehova+ oa mabotho. 19 Ho ekelletsa moo, a arolela+ batho bohle, bongata boo ba Iseraele kaofela, monna hammoho le mosali, e mong le e mong bohobe bo lesoba hare le bohobe ba litholoana tsa palema le bohobe ba morara o omisitsoeng,+ ka mor’a moo batho bohle ba ea e mong le e mong ntlong ea hae.
20 Joale Davida a khutla ho ea hlohonolofatsa ntlo ea hae,+ ’me Mikale,+ morali oa Saule, a tsoa ho khahlanyetsa Davida a ntan’o re: “Morena oa Iseraele o ikentse ea khanyang hakaakang kajeno+ ha a ne a hlobola kajeno mahlong a makhabunyane a bahlanka ba hae, feela joalokaha e mong oa banna ba lithoto a hlobola ka ho feletseng!”+ 21 Eaba Davida o re ho Mikale: “E ne e le ka pel’a Jehova, ea nkhethileng ho e-na le ntat’ao le bohle ba ntlo ea hae ho mpeha taolong+ hore ke be moeta-pele oa batho ba Jehova ba Iseraele, ’me ke tla keteka ka pel’a Jehova.+ 22 Ke tla iketsa ea khelloang fatše le ho feta mona,+ ’me ke tla ba tlaase mahlong a ka; hammoho le makhabunyane ao u a boletseng, ke ikemiselitse ho itlotlisa hammoho le ’ona.”+ 23 Kahoo, ha e le Mikale,+ morali oa Saule, ha aa ka a ba le ngoana ho fihlela letsatsing la lefu la hae.
7 Eitse ha morena a lutse ka tlung+ ea hae ’me Jehova a mo file phomolo lireng tsohle tsa hae tse mo pota-potileng,+ 2 joale morena a re ho moprofeta Nathane:+ “Bona, joale, ke lula ka tlung ea likedare+ ha areka ea Molimo oa ’nete e lula har’a masela a tente.”+ 3 Ka mor’a moo Nathane a re ho morena: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka pelong ea hao—tsamaea, u e etse,+ hobane Jehova o na le uena.”
4 Bosiung boo lentsoe+ la Jehova la tla ho Nathane, la re: 5 “E-ea, ’me u re ho mohlanka oa ka Davida, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Na u lokela ho nkahela ntlo eo ke tla lula ho eona?+ 6 Etsoe ha ke e-s’o lule ka tlung ho tloha letsatsing la ha ke ntša bara ba Iseraele Egepeta ho fihlela letsatsing lena,+ empa ke ne ke tsamaea+ ke sa khaotse ka tenteng+ le ka tabernakeleng.+ 7 Nakong eohle eo ke tsamaileng har’a bara bohle ba Iseraele,+ na ho bile le lentsoe leo ke ileng ka le bua le o mong oa meloko ea Iseraele+ eo ke e laetseng hore e lise sechaba sa ka sa Iseraele, le reng, ‘Ke hobane’ng ha le sa nkahela ntlo ea likedare?’”’ 8 Joale sena ke seo u tla se bolella mohlanka oa ka Davida, ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Ke u tlositse lekhulong moo u neng u latela mohlape+ hore u be moeta-pele+ oa sechaba sa ka sa Iseraele. 9 Ke tla ba le uena kae kapa kae moo u eang teng,+ ’me ke tla felisa lira tsohle tsa hao ka pel’a hao;+ ka sebele ke tla u etsetsa lebitso le leholo,+ le kang lebitso la ba baholo ba leng lefatšeng. 10 Ka sebele ke tla lokisetsa sechaba sa ka sa Iseraele sebaka+ ’me ke se hlome,+ ruri se tla lula moo se leng teng, ’me ha se sa tla hlola se khathatsoa; bara ba ho se loke ba ke ke ba hlola ba se hlorisa joalokaha ba ile ba etsa pele,+ 11 esita le ho tloha letsatsing la ha ke beha baahloli+ hore ba laole sechaba sa ka sa Iseraele; ke tla u fa phomolo ho lira tsohle tsa hao.+
“‘“Jehova o u boleletse hore Jehova o tla u etsetsa ntlo.+ 12 Ha matsatsi a hao a phethahala,+ ’me u robala le baholo-holo ba hao,+ joale ka sebele ke tla hlahisa peō ea hao ka mor’a hao, e tlang ho tsoa lithong tsa hao tse ka hare; ruri ke tla tiisa ’muso oa hae ka thata.+ 13 Ke eena ea tla hahela lebitso la ka ntlo,+ ’me ka sebele ke tla tiisa terone ea ’muso oa hae ka thata ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 14 Ke tla ba ntat’ae,+ ’me eena e tla ba mora oa ka.+ Ha a fosa, ke tla mo khalemela ka thupa+ ea batho le ka lichapo tsa bara ba Adama. 15 Ha e le mosa oa ka o lerato, o ke ke oa tloha ho eena ka tsela eo ke o tlositseng ho Saule ka eona,+ eo ke mo tlositseng ka lebaka la hao. 16 Ka sebele ntlo ea hao le ’muso oa hao e tla ba tse tiileng ka pel’a hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang; terone ea hao e tla tiisoa ka thata ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”’”+
17 Nathane a bua le Davida ka tsela ena ho ea ka mantsoe ana ’ohle le ho ea ka pono ena eohle.+
18 Eaba Morena Davida oa kena ’me o lula ka pel’a Jehova eaba o re: “’Na ke mang,+ ’Musi Morena Jehova? Ntlo ea ka ke’ng hore ebe u ntlisitse bohōleng boo? 19 Joalokaha eka sena se senyenyane mahlong a hao, ’Musi Morena Jehova, leha ho le joalo u boela u bua mabapi le ntlo ea mohlanka oa hao ho ea fihla nakong e hōle e tlang; ona ke molao o fanoang bakeng sa moloko oa batho,+ ’Musi Morena Jehova.+ 20 Ke’ng se eketsehileng seo Davida a ka se eketsang ’me a u bolella sona, ha u tseba mohlanka oa hao hantle,+ ’Musi Morena Jehova? 21 Ka lebaka la lentsoe+ la hao le ka ho lumellana le pelo+ ea hao u entse lintho tsena tsohle tse khōlō ho etsa hore mohlanka oa hao a li tsebe.+ 22 Ke ka lebaka leo ruri u leng moholo,+ ’Musi Morena Jehova; etsoe ha ho e mong ea tšoanang le uena,+ ’me ha ho Molimo haese uena+ har’a eohle eo re utloileng ka eona ka litsebe tsa rōna. 23 Ke sechaba sefe se seng lefatšeng se tšoanang le sechaba sa hao sa Iseraele,+ seo Molimo a ileng a itopollela sona e le sechaba+ a iketsetsa lebitso+ ’me a se etsetsa lintho tse khōlō le tse tšosang+—ho leleka lichaba le melimo ea tsona, ka lebaka la sechaba sa hao, seo u ileng ua itopollela+ sona Egepeta? 24 U ile ua itiisetsa sechaba sa hao sa Iseraele+ ka thata e le sechaba sa hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang; Jehova, u Molimo oa sona.+
25 “Joale, Jehova Molimo, u phethe lentsoe leo u le buileng malebana le mohlanka oa hao le malebana le ntlo ea hae ho isa nakong e sa lekanyetsoang ’me u etse feela joalokaha u buile.+ 26 Lebitso la hao le ke le be leholo ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ ho thoe, ‘Jehova oa mabotho ke Molimo oa Iseraele,’+ ’me ntlo ea mohlanka oa hao Davida e ke e tiisoe ka thata ka pel’a hao.+ 27 Etsoe, Jehova oa mabotho Molimo oa Iseraele, u senoletse tsebe ea mohlanka oa hao, ua re, ‘Ke tla u hahela ntlo.’+ Ke ka lebaka leo mohlanka oa hao a betileng pelo ho u rapela ka thapelo ena.+ 28 Joale, ’Musi Morena Jehova, u Molimo oa ’nete; ha e le mantsoe a hao, e ke e be a ’nete,+ kaha u tšepisa mohlanka oa hao molemo ona.+ 29 Joale ikhethele ’me u hlohonolofatse+ ntlo ea mohlanka oa hao hore e hlole ka pel’a hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+ etsoe ’Musi Morena Jehova, u tšepisitse, ’me ka lebaka la tlhohonolofatso ea hao ntlo ea mohlanka oa hao e ke e hlohonolofatsoe ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+
8 Ka mor’a moo Davida a hlasela Bafilista+ a ba hlōla,+ ’me Davida a hapa Methege-ama matsohong a Bafilista.
2 A tsoela pele ho hlasela Bamoabe+ ’me a ba lekanya ka khoele, a ba robatsa fatše, e le hore a ka lekanya likhoele tse peli ho ba bolaea, le khoele e feletseng ho ba boloka ba phela;+ Bamoabe ea e-ba bahlanka+ ba Davida ba ntšang sethabathaba.+
3 Davida a tsoela pele ho hlasela Hadadezere+ mora oa Rehobe morena oa Zoba+ ha a ne a il’o tsosolosa taolo ea hae hape nōkeng ea Eufrate.+ 4 Davida a hapa ho eena banna ba lipere ba sekete le makholo a supileng le banna ba likete tse mashome a mabeli ba tsamaeang ka maoto;+ Davida a khaola mesifa+ ea lipere+ tsohle tse hulang likoloi, empa ho tsona a siea lipere tse lekholo tse hulang likoloi.
5 Eitse ha Syria ea Damaseka+ e tlil’o thusa Hadadezere morena oa Zoba, joale Davida a bolaea har’a Basyria banna ba likete tse mashome a mabeli a metso e ’meli.+ 6 Ho ekelletsa moo, Davida a beha mabotho a lulang setsing sa sesole+ Syria ea Damaseka; Basyria ea e-ba bahlanka ba Davida ba ntšang sethabathaba.+ Jehova a tsoela pele ho pholosa Davida kae kapa kae moo a neng a e-ea teng.+ 7 Ho feta moo, Davida a nka lithebe+ tse chitja tsa khauta tse neng li le ho bahlanka ba Hadadezere eaba o li tlisa Jerusalema. 8 Morena Davida a nka koporo e ngata haholo Betha le Berothai, metse ea Hadadezere.+
9 Joale Toi morena oa Hamathe+ a utloa hore Davida o ne a bolaile lebotho lohle la sesole la Hadadezere.+ 10 Kahoo Toi a romela mora oa hae Jorame ho Morena Davida ho mo botsa hore na o phela joang+ le ho mo lebohela ka hore ebe o ne a loantšitse Hadadezere hoo a ileng a mo bolaea (etsoe Hadadezere o ne a koetlisitsoe ntoeng khahlanong le Toi); letsohong la hae ho ne ho e-na le lintho tsa silevera le lintho tsa khauta le lintho tsa koporo.+ 11 Le tsona Morena Davida a li halaletsa ho Jehova, hammoho le silevera le khauta eo a neng a e halalelitse e tsoang ho lichaba tsohle tseo a neng a li hlōtse,+ 12 ho Syria le ho Moabe+ le ho bara ba Ammone le ho Bafilista+ le ho Baamaleke+ le thepeng e hapuoeng ea Hadadezere mora oa Rehobe morena oa Zoba.+ 13 Davida a iketsetsa lebitso ha a khutla ho bolaeeng Baedomo Phuleng ea Letsoai+—ba likete tse leshome le metso e robeli.+ 14 A beha mabotho a lulang setsing sa sesole Edomo.+ Ho Edomo eohle a beha mabotho a lulang setsing sa sesole, eaba Baedomo bohle e ba bahlanka ba Davida;+ Jehova a ’na a pholosa Davida kae kapa kae moo a neng a e-ea teng.+
15 Davida a ’na a busa Baiseraele bohle;+ Davida o ne a sa khaotse ho etsetsa batho+ bohle ba hae qeto ea boahloli le ho loka.+ 16 Joabe+ mora oa Tseruja o ne a okametse lebotho; Josafate+ mora oa Akilude e ne e le motlalehi. 17 Tsadoke+ mora oa Akitube le Akimeleke+ mora oa Abiathare e ne e le baprista, ’me Seraia e le mongoli. 18 Benaia+ mora oa Jehojada o ne a okametse Bakerethe+ le Bapelethe.+ Ha e le bara ba Davida, ea e-ba baprista.+
9 Davida a re: “Na ho sa ntse ho e-na le mang kapa mang ea setseng oa ntlo ea Saule, e le hore nka mo bontša mosa o lerato+ ka lebaka la Jonathane?”+ 2 Joale ntlo ea Saule e ne e e-na le mohlanka eo lebitso la hae e neng e le Tsiba.+ Kahoo ba mo bitsetsa ho Davida, joale morena a re ho eena: “Na ke uena Tsiba?” eaba o re: “Ke ’na mohlanka oa hao.” 3 Morena a tsoela pele ho re: “Na ha ho sa na le ea mong oa ntlo ea Saule, e le hore nka mo bontša mosa o lerato oa Molimo?”+ Eaba Tsiba o re ho morena: “Ho sa ntse ho e-na le mora oa Jonathane, ea holofetseng maoto.”+ 4 Joale morena a re ho eena: “O hokae?” Kahoo Tsiba a re ho morena: “Bona! O ka tlung ea Makire+ mora oa Amiele e Lo-debare.”+
5 Kapele-pele Morena Davida a romeletsa ’me a mo tlosa ntlong ea Makire mora oa Amiele e Lo-debare. 6 Ha Mefiboshethe mora oa Jonathane mora oa Saule a kena ho Davida, hang-hang a itihela fatše ka sefahleho ’me a khumama.+ Joale Davida a re: “Mefiboshethe!” eaba o re: “Mohlanka oa hao ke enoa.” 7 Davida a tsoela pele ho re ho eena: “U se ke ua tšoha, etsoe ruri ke tla u bontša mosa o lerato+ ka lebaka la ntat’ao Jonathane;+ ke tla u khutlisetsa tšimo+ eohle ea ntat’ao moholo Saule, ’me u tla ja bohobe tafoleng ea ka kamehla.”+
8 Eaba o itihela fatše ka sefahleho ’me o re: “Mohlanka oa hao ke eng, hore ebe u retellelitse sefahleho sa hao ho ntja+ e shoeleng e kang ’na?” 9 Joale morena a bitsa Tsiba, mohlanka oa Saule, ’me a re ho eena: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo e neng e le ea Saule le ea ntlo eohle ea hae ke e fa+ setloholo sa mong’a hao. 10 U tla mo lemela mobu, uena le bara ba hao le bahlanka ba hao, ’me u tla bokella, ’me e tla ba lijo tsa bao e leng ba setloholo sa mong’a hao, ’me ba tla ja; empa Mefiboshethe, setloholo sa mong’a hao, o tla ja bohobe tafoleng ea ka kamehla.”+
Joale Tsiba o ne a e-na le bara ba leshome le metso e mehlano le bahlanka ba mashome a mabeli.+ 11 Kahoo Tsiba a re ho morena: “Tumellanong le sohle seo khosi ea ka morena a se laelang mohlanka oa hae ke tsela eo mohlanka oa hao a tla etsa ka eona; empa Mefiboshethe+ o ntse a ja tafoleng ea ka joaloka e mong oa bara ba morena.” 12 Joale Mefiboshethe o ne a e-na le mora e monyenyane eo lebitso la hae e neng e le Mika,+ ’me bohle ba lulang ka tlung ea Tsiba e ne e le bahlanka ba Mefiboshethe. 13 Mefiboshethe o ne a lula Jerusalema, etsoe o ne a ja tafoleng ea morena kamehla;+ ’me o ne a holofetse maoto ka bobeli.+
10 Eitse ka mor’a moo morena oa bara ba Ammone+ a shoa, ’me mora oa hae Hanune a qala ho busa sebakeng sa hae.+ 2 Eaba Davida o re: “Ke tla bontša mosa o lerato ho Hanune mora oa Nahashe, feela joalokaha ntat’ae a mpontšitse mosa o lerato.”+ Ka lebaka leo Davida a romeletsa ka bahlanka+ ba hae ho mo tšelisa ka lebaka la ntat’ae, ’me bahlanka ba Davida ba kena naheng ea bara ba Ammone. 3 Leha ho le joalo, likhosana tsa bara ba Ammone tsa re ho Hanune morena oa tsona: “Na Davida o hlompha ntat’ao mahlong a hao ka hore ebe o rometse batšelisi ho uena? Na hase ka lebaka la ho hlahloba motse le ho o hloela+ le ho o heletsa hore ebe Davida o rometse bahlanka ba hae ho uena?”+ 4 Kahoo Hanune a nka bahlanka ba Davida a beola halofo ea litelu+ tsa bona ’me a seha liaparo tsa bona ka lehare ho ea fihla maraong eaba o re ba tsamaee.+ 5 Hamorao batho ba tlalehela Davida, ’me hang-hang a romeletsa ho ba khahlanyetsa, kahobane banna bao ba ne ba ikutloa ba tlotlolotsoe haholo; morena a tsoela pele ho re: “Lulang Jeriko+ ho fihlela litelu tsa lōna li e-ba khōlō. Joale le tla khutla.”
6 Ka mor’a nako bara ba Ammone ba bona hore ba ne ba fetohile ba nkhang hampe+ ho Davida, eaba bara ba Ammone baa romeletsa ’me ba hira Basyria ba Bethe-rehobe+ le Basyria ba Zoba,+ banna ba likete tse mashome a mabeli ba tsamaeang ka maoto, le morena oa Maaka,+ banna ba sekete, le Ishtobe, banna ba likete tse leshome le metso e ’meli. 7 Ha Davida a utloa ka hona, joale a romela Joabe le lebotho kaofela le banna ba matla.+ 8 Bara ba Ammone ba qala ho tsoa ’me ba etsa thekō ea ntoa monyakong oa heke, ka ho tšoanang le Basyria ba Zoba le ba Rehobe,+ le Ishtobe le Maaka ba le bang ba etsa thekō ea ntoa naheng e sabaletseng.+
9 Eitse ha Joabe a bona hore mabotho a ne a mo futuhetse a hlaha ka pele le ka morao, hang-hang a khetha ba bang ba banna ba khethehileng+ Iseraele ’me a ba etsa thekō ho ea kopana le Basyria. 10 A nehelana ka batho ba bang kaofela letsohong la Abishai+ mor’abo, e le hore a ka ba etsa thekō ho ea kopana le bara ba Ammone.+ 11 A tsoela pele ho re: “Haeba Basyria ba e-ba matla ho mpheta, joale u tla ba poloko bakeng sa ka; empa haeba bara ba Ammone ba e-ba matla ho u feta, le ’na ke tla tla ho u pholosa.+ 12 E-ba matla, e le hore re be sebete+ molemong oa batho ba habo rōna le molemong oa metse ea Molimo oa rōna;+ ha e le Jehova, o tla etsa se molemo mahlong a hae.”+
13 Joale Joabe le batho ba neng ba e-na le eena ba atamela ntoeng khahlanong le Basyria, eaba ba qala ho baleha ka pel’a hae.+ 14 Ha e le bara ba Ammone, ba bona hore Basyria ba balehile, eaba ba baleha ka pel’a Abishai kahoo ba kena motseng.+ Ka mor’a moo Joabe a khutla ho bara ba Ammone ’me a tla Jerusalema.+
15 Ha Basyria ba bona hore ba hlōtsoe ka pel’a Baiseraele, ba bokana. 16 Kahoo Hadadezere+ a romeletsa ’me a ntša Basyria ba neng ba le sebakeng sa Nōka;+ joale ba tla Helame, Shobake+ molaoli oa lebotho la Hadadezere a le ka pel’a bona.
17 Ha Davida a tlaleheloa, kapele-pele a bokella Baiseraele bohle ’me a tšela Jordane eaba o fihla Helame. Joale Basyria ba etsa thekō ho kopana le Davida ’me ba qala ho mo loantša.+ 18 Basyria ba baleha+ ka pel’a Baiseraele; ’me Davida a bolaea ho Basyria bakhanni ba likoloi+ ba makholo a supileng le banna ba lipere ba likete tse mashome a mane, ’me a hlaba Shobake molaoli oa lebotho la bona hoo a ileng a shoella moo.+ 19 Eitse ha marena ’ohle,+ bahlanka ba Hadadezere, a bona hore a hlōtsoe ka pel’a Baiseraele,+ ka potlako a etsa khotso le Baiseraele eaba a qala ho ba sebeletsa;+ Basyria ba ile ba tšaba hore ba ka hlola ba leka ho pholosa bara ba Ammone.+
11 Eitse ha selemo se thoasa,+ nakong eo ka eona marena a khorohang,+ Davida a qala ho romela Joabe hammoho le bahlanka ba hae le Baiseraele bohle, e le hore ba ka felisa+ bara ba Ammone le ho thibella Raba,+ ha Davida a ntse a lula Jerusalema.
2 Mantsiboea Davida a tsoha betheng ea hae ’me a tsamaea ka holim ’a marulelo+ a ntlo ea morena; ha a le holim ’a marulelo a re heli!+ eaba o bona mosali a ntse a itlhatsoa, ’me mosali eo o ne a le ponahalo e ntle haholo.+ 3 Joale Davida a romeletsa ’me a botsa ka mosali+ eo ’me motho e mong a re: “Na eo hase Bathe-sheba+ morali oa Eliame+ mosali oa Uria+ Mohethe?”+ 4 Ka mor’a moo Davida a romela manģosa e le hore a ka mo nka.+ Kahoo a kena ho eena+ eaba o robala le eena,+ ha a ntse a ikhalaletsa ho se hloekeng ha hae.+ Hamorao a khutlela ntlong ea hae.
5 Mosali eo a ima. Ka lebaka leo a romeletsa ’me a bolella Davida a re: “Ke imme.” 6 Eaba Davida o romeletsa ho Joabe, o re: “Romela Uria Mohethe ho ’na.” Kahoo Joabe a romela Uria ho Davida. 7 Ha Uria a fihla ho eena, Davida a qala ho botsa hore na Joabe o ea joang le hore na batho ba ea joang le hore na ntoa e ea joang. 8 Qetellong Davida a re ho Uria: “Theohela ntlong ea hao ’me u itlhatsoe maoto.”+ Ka lebaka leo Uria a tsoa ntlong ea morena, ’me mpho ea mosa ea morena ea mo latela. 9 Leha ho le joalo, Uria a robala monyako oa ntlo ea morena le bahlanka ba bang kaofela ba morena oa hae, ’me ha aa ka a theohela ntlong ea hae. 10 Kahoo ba bolella Davida, ba re: “Uria ha aa ka a theohela ntlong ea hae.” Ka mor’a moo Davida a re ho Uria: “U kene u tsoa leetong, na ha ho joalo? Ke hobane’ng ha u sa theohela ntlong ea hao?” 11 Eaba Uria o re ho Davida: “Areka+ le Baiseraele le Bajuda ba lula maphepheng, ’me moren ’a ka Joabe le bahlanka ba moren ’a ka+ ba hlomme liahelo naheng, ’me ’na—na ke tla ea ka tlung ea ka ho ea ja le ho noa le ho robala le mosali oa ka?+ Ka bophelo ba hao le ka moea oa hao o phelang,+ nke ke ka etsa ntho ena!”
12 Joale Davida a re ho Uria: “Lula mona le kajeno, ’me hosasane ke tla re u tsamaee.” Ka hona Uria a ’na a lula Jerusalema letsatsing leo le letsatsing le latelang. 13 Ho ekelletsa moo, Davida a mo bitsa e le hore a ka ja ka pel’a hae le ho noa. Kahoo a mo tahisa.+ Leha ho le joalo, a tsoa ka shoalane ho ea robala betheng ea hae le bahlanka ba morena oa hae, ’me ha aa ka a theohela ntlong ea hae. 14 Eitse hoseng Davida a ngola lengolo+ le eang ho Joabe ’me a le romela ka letsoho la Uria. 15 Kahoo a ngola lengolong, a re:+ “Behang Uria ka pele moo ntoa e leng boima ka ho fetisisa,+ ’me le ikhule ka mor’a hae, ’me o tla hlajoa a shoe.”+
16 Eare ha Joabe a ntse a lebetse motse a beha Uria sebakeng seo ho sona a neng a tseba hore ho na le banna ba sebete.+ 17 Ha banna ba motse ba tsoa ’me ba qala ho loantša Joabe, joale batho ba bang, bahlanka ba Davida, ba oa ’me Uria Mohethe le eena a shoa.+ 18 Joale Joabe a romeletsa e le hore a ka tlalehela Davida litaba tsohle tsa ntoa. 19 A tsoela pele ho laela lenģosa, a re: “Hang ha u qetile ho bua le morena ka litaba tsohle tsa ntoa, 20 joale haeba khalefo ea morena e phahama ’me a re ho uena, ‘Ke hobane’ng ha le ne le lokela ho atamela haufi hakaalo le motse ho ea loana? Na le ne le sa tsebe hore ba ne ba tla fula ba le holim ’a lerako? 21 Ke mang ea ileng a bolaea Abimeleke+ mora oa Jerubeshethe?+ Na hase mosali ea ileng a lahlela tšiloana holim ’a hae+ a le holim ’a lerako hoo a ileng a shoella Thebeze?+ Ke hobane’ng ha le ile la atamela haufi hakaalo le lerako?’ u tla re, ‘Mohlanka oa hao Uria Mohethe le eena o shoele.’”+
22 Kahoo lenģosa la tsamaea ’me la fihla la bolella Davida sohle seo Joabe a neng a le romile sona. 23 Lenģosa la tsoela pele ho re ho Davida: “Banna bao ba ne ba re phahametse, hoo ba ileng ba re futuhela naheng; empa ra ’na ra ba patisa ho fihlela monyakong oa heke. 24 Ba fulang ba ’na ba fula bahlanka ba hao ba le holim ’a lerako,+ hoo ba bang ba bahlanka ba morena ba ileng ba shoa; mohlanka oa hao Uria Mohethe le eena o shoele.”+ 25 Eaba Davida o re ho lenģosa: “Sena ke seo u tla se bolella Joabe, ‘U se ke ua lumella hore taba ena e bonahale e le mpe mahlong a hao, etsoe sabole e ja+ e mong hammoho le e mong. Matlafatsa ntoa ea hao khahlanong le motse oo ’me u o heletse.’+ U mo khothatse.”
26 Mosali oa Uria a utloa hore monna oa hae Uria o shoele, ’me a qala ho bokolla+ ka lebaka la mong’a hae.+ 27 Ha nako ea ho siama+ e fetile, kapele-pele Davida a romeletsa eaba o mo isa lapeng ntlong ea hae, ’me ea e-ba mosali oa hae.+ Ka mor’a nako a mo tsoalla mora, empa ntho eo Davida a neng a e entse ea bonahala e le mpe+ mahlong+ a Jehova.
12 Jehova a romela Nathane+ ho Davida. Kahoo a kena ho eena+ ’me a re ho eena: “Ho ne ho e-na le banna ba babeli ba neng ba le motseng o le mong, e mong a ruile ’me e mong a e-na le ho honyenyane. 2 Monna ea ruileng o ne a e-na le linku tse ngata haholo le likhomo;+ 3 empa monna ea nang le ho honyenyane o ne a se na letho haese konyana e le ’ngoe e tšehali, e nyenyane, eo a neng a e rekile.+ O ne a e boloka e phela, ’me e ne e hōla e e-na le eena le bara ba hae, kaofela hammoho. E ne e ja sengoathoaneng sa hae, ’me e ne e noa senoelong sa hae, hape e ne e robala sefubeng sa hae, ’me ea e-ba joaloka morali ho eena. 4 Ka mor’a nakoana moeti a tla ho monna ea ruileng, empa a tlohela ho nka linkung tsa hae le likhomong tsa hae hore a lokisetse motsamai ea neng a kene ho eena. Kahoo a nka konyana e tšehali ea monna ea nang le ho honyenyane eaba o e lokisetsa monna ea neng a kene ho eena.”+
5 Eaba bohale ba Davida bo tukela monna+ eo haholo, hoo a ileng a re ho Nathane: “Ka Jehova ea phelang,+ monna ea etsang sena o tšoaneloa ke ho shoa!+ 6 Bakeng sa konyana e tšehali o lokela ho etsa puseletso+ ka tse ’nè,+ ka lebaka la hore o entse ntho ena le hore ha aa ka a bontša qenehelo.”+
7 Joale Nathane a re ho Davida: “Monna eo ke uena! Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘Ke u tlotsitse+ hore u be morena oa Iseraele, ’me ke u lopolotse+ letsohong la Saule. 8 Ke ne ke itokiselitse ho u fa ntlo ea morena+ oa hao le basali ba morena+ oa hao sefubeng sa hao, le ho u fa ntlo ea Iseraele le ea Juda.+ Haeba ho ne ho sa lekana, ke ne ke itokiselitse ho u ekelletsa lintho tse kang tsena hammoho le lintho tse ling.+ 9 Ke hobane’ng ha u nyelisitse lentsoe la Jehova ka ho etsa se sebe+ mahlong a hae? U bolaile Uria Mohethe ka sabole,+ ’me u nkile mosali oa hae hore e be mosali+ oa hao, ’me eena u mo bolaile ka sabole ea bara ba Ammone. 10 Joale sabole+ e ke ke ea tloha ntlong ea hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ ka lebaka la hore u ’nyelisitse ka hore ebe u nkile mosali oa Uria Mohethe hore e be mosali oa hao.’ 11 Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Bona! ke u hlahisetsa tlokotsi ka tlung ea hao;+ ke tla nka basali ba hao ka pel’a mahlo a hao ’me ke fane ka bona ho oa heno,+ ’me ka sebele o tla robala le basali ba hao mahlong a letsatsi lena.+ 12 Le hoja u entse sephiring,+ ke tla etsa ntho ena ka pel’a Baiseraele+ bohle le ka pel’a letsatsi.’”+
13 Joale Davida a re+ ho Nathane: “Ke sitetsoe Jehova.”+ Eaba Nathane o re ho Davida: “Jehova, le eena, o tlohela sebe sa hao hore se fete.+ U ke ke ua shoa.+ 14 Ho sa tsotellehe sena, kahobane ntle ho pelaelo u hlompholotse+ Jehova ka ntho ena, le eena mora enoa, eo u sa tsoa mo tsoalloa, ka sebele o tla shoa.”+
15 Joale Nathane a ea ntlong ea hae.
Jehova a otla+ ngoana eo mosali oa Uria a neng a mo tsoaletse Davida hoo a ileng a kula. 16 Davida a qala ho batla Molimo oa ’nete molemong oa moshanyana, eaba Davida o itima lijo+ ka thata ’me a kena ’me a hlola bosiu a robetse fatše.+ 17 Kahoo banna ba baholo ba ntlo ea hae ba ema ba mo okametse hore ba mo tsose fatše, empa ha aa ka a lumela ’me ha aa ka a ja bohobe+ hammoho le bona. 18 Qetellong ka letsatsi la bosupa ngoana eo a shoa. Bahlanka ba Davida ba ne ba tšaba ho mo bolella hore ngoana o shoele; kaha ba ne ba re: “Bonang! Ha ngoana a ne a ntse a phela re ile ra bua le eena, ’me ha aa ka a mamela lentsoe la rōna; kahoo ke joang re ka reng ho eena, ‘Ngoana o shoele’? Joale ka sebele o tla etsa ho hong ho hobe.”
19 Ha Davida a bona hore bahlanka ba ntse ba hoesheletsana, Davida a qala ho lemoha hore ngoana o shoele. Kahoo Davida a re ho bahlanka ba hae: “Na ngoana o shoele?” Eaba ba re: “O shoele.” 20 Joale Davida a phahama fatše a itlhatsoa a itlotsa+ ka oli ’me a apara liaparo tse ling tsa hae tsa ka holimo eaba o tla ntlong+ ea Jehova ’me o itihela fatše ka sefahleho;+ ka mor’a moo a kena ka tlung ea hae ’me a kōpa, eaba ka potlako ba beha bohobe ka pel’a hae ’me o qala ho ja. 21 Ka lebaka leo bahlanka ba hae ba re ho eena: “Ntho ee eo u e entseng e bolela’ng? U ile ua itima lijo ’me ua ’na ua lla ka lebaka la ngoana ha a sa ntse a phela; hang feela ha ngoana a shoele u ile ua tsoha ’me ua qala ho ja bohobe.” 22 Eaba o re: “Ha ngoana a sa ntse a phela ke ile ka itima lijo+ ’me ka ’na ka lla,+ kahobane ke ne ke ipoleletse ho re, ‘Ke mang ea tsebang hore na Jehova a ka mpontša mohau, le hore ka sebele ngoana o tla phela?’+ 23 Kaha joale o shoele, ke sa itimela’ng lijo? Na ke khona ho mo khutlisa hape?+ ’Na ke ea ho eena,+ empa, ha e le eena, a ke ke a khutlela ho ’na.”+
24 Davida a qala ho tšelisa mosali oa hae Bathe-sheba.+ Ho ekelletsa moo, a kena ho eena ’me a robala le eena. Ka mor’a nako a tsoala mora,+ ’me lebitso la hae ea e-ba Solomone.+ Jehova o ne a hlile a mo rata.+ 25 Kahoo a romeletsa ka moprofeta Nathane+ ’me a mo reha lebitso la Jedidia, ka lebaka la Jehova.
26 Joabe+ a tsoela pele ho loantša Raba+ ea bara ba Ammone ’me a hapa motse oa borena. 27 Kahoo Joabe a romela manģosa ho Davida ’me a re: “Ke loantšitse Raba.+ Hape ke hapile motse oa metsi. 28 Joale bokella batho ba bang kaofela ’me u hlome liahelo khahlanong le motse, ’me u o hape; e le hore e se ke ea e-ba ’na ea hapang motse, ’me lebitso la ka le tle le se ke la bitsoa ho oona.”
29 Ka lebaka leo Davida a bokella batho bohle ’me a ea Raba eaba oa e loantša ’me oa e hapa. 30 A rōlisa Malkame moqhaka,+ oo boima ba oona e neng e le talenta ea khauta, hammoho le majoe a bohlokoa; oa roaloa ke Davida. Thepa e hapuoeng+ ea motse eo a ileng a e ntša e ne e le ngata haholo. 31 A ntša batho ba neng ba le ho oona, e le hore a ka ba beha hore ba sakhe majoe le ho sebetsa ka lisebelisoa tse bohale tsa tšepe+ le ka lilepe tsa tšepe, ’me a etsa hore ba etse litene. Ke tsela eo a ileng a etsa ka eona metseng eohle ea bara ba Ammone. Qetellong Davida le batho bohle ba khutlela Jerusalema.
13 Ka mor’a lintho tsena, Absalome+ mora oa Davida o ne a e-na le khaitseli ea hae e ntle eo lebitso la eona e neng e le Tamare,+ ’me Amnone+ mora oa Davida a qala ho mo rata.+ 2 Ho ne ho bakela Amnone mahlomola hoo a ileng a kula+ ka lebaka la khaitseli ea hae Tamare, hobane e ne e le moroetsana, ’me ho ne ho le thata mahlong+ a Amnone hore a mo etse letho.+ 3 Joale Amnone o ne a e-na le motsoalle eo lebitso la hae e leng Jonadabe,+ mora oa Shimea,+ mor’abo Davida; Jonadabe e ne e le monna ea bohlale haholo. 4 Kahoo a re ho eena: “Ke hobane’ng ha uena, mora oa morena, u nyahame hakaale, hoseng ho hong le ho hong? Na u ke ke ua mpolella?”+ Eaba Amnone o re ho eena: “Ke rata+ Tamare khaitseli+ ea mor’eso Absalome.” 5 Ka mor’a moo Jonadabe a re ho eena: “Robala betheng ea hao ’me u iketse eka ua kula.+ ’Me ka sebele ntat’ao o tla tla a u bona, ’me u tla re ho eena, ‘Ka kōpo, e-re khaitseli ea ka Tamare a kene ’me a mphe bohobe ke le mokuli, ’me o tla lokela ho etsa bohobe ba matšeliso ka pel’a mahlo a ka e le hore nka bo bona, ’me ke tla lokela ho bo ja letsohong la hae.’”+
6 Tumellanong le hoo Amnone a robala eaba o iketsa eka oa kula,+ kahoo morena a kena ho tla mo bona. Joale Amnone a re ho morena: “Ka kōpo, e-re khaitseli ea ka Tamare a kene ’me a apehe mahobe a mabeli a bōpehileng joaloka pelo ka pel’a mahlo a ka, e le hore nka ja bohobe ke le mokuli letsohong la hae.” 7 Eaba Davida o romeletsa ho Tamare ntlong, o re: “Ka kōpo, e-ea ntlong ea khaitseli ea hao Amnone ’me u mo etsetse bohobe ba matšeliso.” 8 Kahoo Tamare a ea ntlong ea khaitseli ea hae Amnone+ ha a ntse a robetse. Joale a nka hlama ’me a e luba eaba o pheha bohobe ka pel’a mahlo a hae ’me o pheha mahobe a bōpehileng joaloka pelo. 9 Qetellong a nka pane e sekoti ’me a e tšola ka pel’a hae, empa Amnone a hana ho ja ’me a re: “E-reng e mong le e mong a tlohe ho ’na!”+ Joale e mong le e mong a tloha ho eena.
10 Joale Amnone a re ho Tamare: “Tlisa bohobe ba matšeliso kamoreng e ka hare, e le hore nka bo ja ke le mokuli letsohong la hao.” Kahoo Tamare a nka mahobe a bōpehileng joaloka pelo ao a neng a a phehile ’me a a tlisa ho khaitseli ea hae Amnone kamoreng e ka hare. 11 Ha a atamela ho eena hore a je, hang-hang a mo tšoara+ ’me a re ho eena: “Tloo, u robale+ le ’na, khaitseli ea ka.”+ 12 Leha ho le joalo, a re ho eena: “Che, khaitseli ea ka! U se ke ua ntlotlolla;+ etsoe ha hoa tloaeleha ho etsa ka tsela eo Iseraele.+ U se ke ua etsa booatla bona bo nyelisehang.+ 13 ’Na—ke tla isa nyeliso ea ka hokae? ’Me uena—u tla ba joaloka e mong oa batho ba se nang kelello Iseraele. Joale, ka kōpo, bua le morena; etsoe a ke ke a u hanela ka ’na.” 14 Ha aa ka a lumela ho mamela lentsoe la hae, empa a sebelisa matla a phahametseng a hae eaba oa mo tlotlolla+ ’me o robala le eena.+ 15 Amnone a qala ho mo hloea ka lehloeo le leholo, hobane lehloeo leo a neng a mo hloile ka lona le ne le le leholo ho feta lerato leo a neng a mo ratile ka lona, hoo Amnone a ileng a re ho eena: “Ema, u tsamaee!” 16 Eaba o re ho eena: “Che, khaitseli ea ka; etsoe bobe bona ba ho re ke tsamaee bo boholo ho feta bo bong boo u nkentseng bona!” ’Me ha aa ka a lumela ho mo mamela.
17 Eaba o bitsa mohlanka oa hae ea neng a mo sebeletsa ’me o re: “Ka kōpo, e-re motho enoa a tlohe ho ’na, a ee ka ntle, ’me u notlele lemati ka mor’a hae.” 18 (Joale o ne a apere seaparo se selelele sa ka holimo se metsero;+ etsoe ke tsela eo barali ba morena, baroetsana, ba neng ba apara ka eona ka liaparo tse se nang matsoho.) Kahoo mosebeletsi oa hae a mo ntšetsa ka ntle, ’me a notlela lemati ka mor’a hae. 19 Joale Tamare a itšela ka molora+ hloohong, a hahola seaparo se selelele sa ka holimo se metsero seo a neng a se apere; a lula a behile matsoho hloohong+ ’me a qala ho tsamaea, a tsamaea a ntse a bokolla.
20 Eaba khaitseli ea hae Absalome+ o re ho eena: “Na ke khaitseli ea hao Amnone+ ea neng a e-na le uena? Joale, khaitseli ea ka, khutsa. Eena ke khaitseli ea hao.+ U se ke ua beha pelo ea hao tabeng ena.” ’Me Tamare, ha a ntse a thibetsoe ho kopana le ba bang, a qala ho lula ntlong ea khaitseli ea hae Absalome. 21 Morena Davida a utloa ka lintho tsena tsohle,+ ’me a halefa+ haholo. 22 Absalome ha aa ka a bua se sebe kapa se molemo le Amnone; etsoe Absalome o ne a hloile+ Amnone ka hore ebe o ne a tlotlolotse khaitseli ea hae Tamare.
23 Eitse ka mor’a lilemo tse peli tse tletseng Absalome a ba le bakuti ba linku+ Baale-hazore, e haufi le Efraime;+ Absalome a mema bara bohle ba morena.+ 24 Kahoo Absalome a kena ho morena a re: “Bona! joale, mohlanka oa hao o na le bakuti ba linku! Ka kōpo, morena a ke a ee, le bahlanka ba hae, hammoho le mohlanka oa hao.” 25 Empa morena a re ho Absalome: “Che, mora oa ka! Ka kōpo, e-re re se ke ra ea kaofela, e le hore re se ke ra ba moroalo ho uena.” Le hoja a ile a ’na a mo phehella,+ ha aa ka a lumela ho ea empa a mo hlohonolofatsa.+ 26 Qetellong Absalome a re: “Haeba u sa ee, ka kōpo e-re mor’eso Amnone a ee le rōna.”+ Eaba morena o re ho eena: “Ke hobane’ng ha a lokela ho ea le uena?” 27 Absalome a qala ho mo phehella,+ hoo a ileng a romela Amnone le bara bohle ba morena hammoho le eena.
28 Joale Absalome a laela bahlanka ba hae, a re: “Ka kōpo, bonang hore hang ha pelo ea Amnone e nyakaletse ke veine,+ ’me ka sebele ke re ho lōna, ‘Bolaeang Amnone!’ joale le mo bolaee. Le se ke la tšoha.+ Na ha kea le laela? E-bang matla ’me le be banna ba sebete.” 29 Bahlanka ba Absalome ba etsa Amnone feela joalokaha Absalome a ne a ba laetse;+ bara bohle ba bang ba morena ba qala ho ema ’me e mong le e mong a palama ’moulo oa hae a baleha. 30 Eitse ha ba ntse ba le tseleng, tlaleho ea fihla ho Davida, e re: “Absalome o bolaile bara bohle ba morena, ’me ha ho le ea mong oa bona ea setseng.” 31 Morena a ema eaba o hahola+ liaparo tsa hae ’me o robala fatše,+ ’me bahlanka bohle ba hae ba ne ba eme haufi ba hahotse liaparo tsa bona.+
32 Leha ho le joalo, Jonadabe+ mora oa Shimea,+ mor’abo Davida, a araba ’me a re: “Moren ’a ka a se ke a nahana hore ke bahlankana bohle bara ba morena bao ba ba bolaileng, etsoe ke Amnone feela ea shoeleng,+ hobane ka taelo ea Absalome ho etsahetse e le ntho e ileng ea lokisetsoa+ ho tloha letsatsing leo ka lona a ileng a tlotlolla+ khaitseli ea hae Tamare.+ 33 Joale khosi ea ka morena a se ke a tebisetsa pelong lentsoe, le reng, ‘Bara bohle ba morena ba shoele’; empa ke Amnone feela ea shoeleng.”
34 Khabareng, Absalome a qala ho baleha.+ Hamorao mohlankana e mong, molebeli,+ a phahamisa mahlo a talima, ’me, bonang! ho ne ho e-na le batho ba bangata ba tlang tseleng e ka mor’a hae letsoapong. 35 Eaba Jonadabe+ o re ho morena: “Bona! Bara ba morena ba kene. Kahoo ho etsahetse tumellanong le lentsoe la mohlanka oa hao.”+ 36 Eitse hang ha a qetile ho bua, bonang! bara ba morena ba kena, eaba ba qala ho phahamisa mantsoe ba lla; esita le morena le bahlanka bohle ba hae ba lla haholo. 37 Ha e le Absalome, a baleha e le hore a ka ea ho Talmai+ mora oa Amihude morena oa Geshure.+ Davida a tsoela pele ho siama+ ka matsatsi ’ohle ka lebaka la mora oa hae. 38 Ha e le Absalome, a baleha ’me a ea Geshure;+ a ba moo ka lilemo tse tharo.
39 Qetellong moea oa morena Davida oa hloloheloa ho ea ho Absalome; etsoe o ne a itšelisitse malebana le Amnone, hobane o ne a shoele.
14 Joale Joabe+ mora oa Tseruja+ a tseba hore pelo ea morena e ne e le ho Absalome.+ 2 Ka lebaka leo Joabe a romeletsa Tekooa+ eaba o nka mosali ea bohlale+ moo ’me o re ho eena: “Ka kōpo, kena u siame ’me ka kōpo, u apare liaparo tsa ho siama, ’me u se ke ua itlotsa ka oli;+ u be joaloka mosali ea ’nileng a siama ka matsatsi a mangata ka lebaka la motho ea shoeleng.+ 3 U kene ho morena ’me u bue le eena lentsoe le tšoanang le lena.” Eaba Joabe o mo kenya mantsoe molomong.+
4 Mosali oa Motekooa a kena ho morena ’me a itihela fatše ka sefahleho+ a khumama ’me a re: “Morena, u fele u pholose!”+ 5 Eaba morena o re ho eena: “Molato ke’ng ka uena?” Eaba o re: “Kannete ke mosali oa mohlolohali,+ kaha joale monna oa ka o shoele. 6 Lekhabunyane la hao le ne le e-na le bara ba babeli, eaba ka bobeli ba qala ho loantšana naheng+ ha ho ne ho se molopolli+ ea ba arolang. Qetellong e mong a hlasela e mong ’me a mo bolaea. 7 Bona! lelapa lohle le tsohetse lekhabunyane la hao matla ’me le ntse le re, ‘Fana ka ’molai oa mor’abo, e le hore re ka mo bolaea bakeng sa moea oa mor’abo+ eo a mo bolaileng,+ re be re felise mojalefa!’ Ka sebele ba tla tima ho hlena ha mashala a ka a setseng a patsi, e le hore ho se ke ha abeloa monna oa ka lebitso kapa masala holim ’a lefatše.”+
8 Joale morena a re ho mosali eo: “E-ea ntlong ea hao, ’me ke tla fana ka taelo mabapi le uena.”+ 9 Eaba mosali oa Motekooa o re ho morena: “Khosi ea ka morena, phoso e be holim ’a ka, le holim ’a ntlo ea Ntate,+ ha morena le terone ea hae ba hloka molato.” 10 Morena a tsoela pele ho re: “Haeba ho e-na le motho leha e le mang ea ntseng a bua le uena, u mo tlise ho ’na, ’me a ke ke a boela a u utloisa bohloko.” 11 Empa a re: “Ka kōpo, morena a ke a hopole Jehova Molimo oa hao,+ hore mopheteletsi oa mali+ a se ke a baka tšenyo ka ho tsoelang pele le hore ba se ke ba felisa mora oa ka.” Eaba o re: “Ka Jehova ea phelang,+ ha ho qoba le e ’ngoe ea moriri+ oa mora oa hao e tla oela fatše.” 12 Joale mosali eo a re: “Ka kōpo, e-re lekhabunyane+ la hao le bue lentsoe+ ho khosi ea ka morena.” Kahoo a re: “Bua!”+
13 Mosali eo a tsoela pele ho re: “Joale, ke hobane’ng ha u nahanne tjee+ khahlanong le sechaba sa Molimo?+ Ha morena a ntse a bua lentsoe lena o joaloka motho ea molato,+ ka hore ebe morena ha a khutlise ea lelekiloeng oa hae.+ 14 Etsoe ruri+ re tla shoa ’me re be joaloka metsi a ntseng a tšolleloa fatše, a ke keng a bokelloa. Empa Molimo a ke ke a nka moea,+ ’me o nahanne mabaka a hore na ke hobane’ng ha ea lelekiloeng a sa lokela ho lelekoa ho eena. 15 Kaha joale ke kene ho tla bolella morena khosi ea ka lentsoe lena, ke hobane batho ba ile ba ntšosa. Kahoo lekhabunyane la hao la re, ‘Ka kōpo, e-re ke bue le morena. Mohlomong morena o tla nka bohato ka lentsoe la lekhabunyane la hae. 16 Kahobane morena o mametse e le hore a lopolle lekhabunyane la hae seatleng sa motho ea batlang ho felisa ’na le mora oa ka ea mong lefeng le fanoeng ke Molimo,’+ 17 joale lekhabunyane la hao le itse, ‘Ka kōpo, lentsoe la khosi ea ka morena le ke le fane ka phomolo.’ Etsoe feela joaloka lengeloi+ la Molimo oa ’nete ke tsela eo khosi ea ka morena a leng ka eona, ho khetholla se molemo le se sebe,+ ’me e se eka Jehova Molimo oa hao a ka ba le uena.”
18 Joale morena a araba ’me a re ho mosali eo: “Ka kōpo, u se ke ua mpatela ntho eo ke u botsang ka eona.”+ Eaba mosali o re: “Ka kōpo, khosi ea ka morena a ke a bue.” 19 Morena a tsoela pele a re: “Na letsoho la Joabe+ le na le uena ho see sohle?”+ Joale mosali a araba ’me a re: “Ka moea oa hao o phelang,+ khosi ea ka morena, ha ho motho ea ka eang ka ho le letona kapa a ea ka ho le letšehali ho sohle seo khosi ea ka morena a se buileng; etsoe ke mohlanka oa hao Joabe ea ntaetseng, ’me ke eena ea kentseng mantsoe+ ana ’ohle molomong oa lekhabunyane la hao. 20 Mohlanka oa hao Joabe o entse ntho ena ka morero oa ho fetola ponahalo ea taba ena, empa moren ’a ka o bohlale joalokaha eka o na le bohlale ba lengeloi+ la Molimo oa ’nete e le hore a tsebe sohle se lefatšeng.”
21 Ka mor’a moo morena a re ho Joabe: “Bona! joale, ka sebele ke tla etsa ntho ena.+ Kahoo e-ea, u khutlise mohlankana Absalome.”+ 22 Eaba Joabe o itihela fatše ka sefahleho oa khumama ’me o boka morena;+ Joabe a tsoela pele ho re: “Kajeno mohlanka oa hao o hlile oa tseba hore ke fumane kamohelo mahlong a hao,+ khosi ea ka morena, hobane morena o nkile bohato ka lentsoe la mohlanka oa hae.” 23 Eaba Joabe oa ema o ea Geshure+ ’me o tlisa Absalome Jerusalema.+ 24 Leha ho le joalo, morena a re: “E-re a lebe ntlong ea hae, empa a ke ke a bona sefahleho sa ka.”+ Kahoo Absalome a retelehela ntlong ea hae, ’me ha aa ka a bona sefahleho sa morena.
25 Joale ha ho bapisoa le Absalome ho ne ho se monna e motle+ hakaalo Iseraele eohle hoo a rorisoang haholo hakaalo. O ne a se na sekoli ho tloha bohatong ba leoto ho isa har’a hlooho. 26 Ha a ne a beotse hlooho—’me o ne a e beola bofelong ba selemo se seng le se seng; kahobane e ne e mo imela+ haholo, o ne a e beola—o ne a lekanya moriri oa hlooho ea hae, lishekele tse makholo a mabeli ka majoe a ho bekha a borena. 27 Absalome a tsoalloa bara+ ba bararo le morali a le mong eo lebitso la hae e neng e le Tamare. E ne e le mosali ea ponahalo e ntle ka ho fetisisa.+
28 Absalome a tsoela pele ho lula Jerusalema ka lilemo tse peli tse feletseng, ’me ha aa ka a bona sefahleho sa morena.+ 29 Kahoo Absalome a romeletsa ho Joabe hore a mo romele ho morena, ’me ha aa ka a lumela ho tla ho eena. Joale a romeletsa hape, lekhetlo la bobeli, ’me ha aa ka a lumela ho tla. 30 Qetellong a re ho bahlanka ba hae: “Bonang tšimo ea Joabe e ka thōko ho ea ka, ’me o na le harese. E-eang ’me le e chese ka mollo.”+ Tumellanong le hoo bahlanka ba Absalome ba chesa tšimo eo ka mollo.+ 31 Eaba Joabe oa ema ’me o tla ho Absalome ntlong ’me o re ho eena: “Ke hobane’ng ha bahlanka ba hao ba chesitse tšimo ea ka ka mollo?” 32 Kahoo Absalome a re ho Joabe: “Bona! Ke ile ka romeletsa ho uena, ka re, ‘Tloo mona ’me ke u romele ho morena, ke re: “Ke hobane’ng ha ke tlile ho tsoa Geshure?+ Ho ne ho ka ba molemo ho ’na hore ke ’ne ke be moo. Joale e-re ke bone sefahleho sa morena ’me, haeba ho e-na le phoso leha e le efe ho ’na,+ joale a mpolaee.”’”
33 Ka mor’a moo Joabe a kena ho morena ’me a mo bolella. Joale a bitsa Absalome, eo joale a ileng a kena ho morena ’me a mo khumamela, a itihela fatše ka sefahleho ka pel’a morena; ka mor’a moo morena a aka Absalome.+
15 Eitse ka mor’a lintho tsena Absalome a re a etsetsoe koloi, e nang le lipere le e nang le banna ba mashome a mahlano ba mathang ka pel’a hae.+ 2 Absalome a tsoha hoseng+ ’me a ema lehlakoreng la tsela e eang hekeng.+ E ne e re ha motho leha e le ofe a e-na le nyeoe e lokelang ho tla ho morena bakeng sa kahlolo,+ joale Absalome o ne a mo bitsa ’me a re: “U tsoa motseng ofe?” ’me o ne a re: “Mohlanka oa hao o tsoa ho o mong oa meloko ea Iseraele.” 3 Absalome o ne a re ho eena: “Bona, litaba tsa hao li ntle ebile li otlolohile; empa ho morena ha ho ea u utloang.”+ 4 Absalome o ne a tsoela pele ho re: “Hoja ke ne ke behiloe moahloli naheng,+ hore motho e mong le e mong ea nang le nyeoe kapa kahlolo a tle ho ’na! Joale ka sebele ke ne ke tla mo etsa ka toka.”+
5 E ne e re ha motho a atamela ho mo inamela, o ne a otlolla letsoho ’me a mo tšoare+ a mo ake. 6 Absalome a ’na a etsa ntho e joaloka ena ho Baiseraele bohle ba neng ba kena bakeng sa kahlolo ho morena; Absalome a ’na a hapa lipelo tsa batho ba Iseraele.+
7 Eitse bofelong ba lilemo tse mashome a mane Absalome a re ho morena: “Ka kōpo, e-re ke ee Hebrone+ ’me ke phethe boitlamo ba ka boo ke bo entseng ka tieo ho Jehova.+ 8 Etsoe mohlanka oa hao o entse boitlamo+ bo tiileng ha ke ntse ke lula Geshure+ e Syria, ka re, ‘Haeba ruri Jehova o tla nkhutlisetsa Jerusalema, le ’na ke tla etsetsa Jehova tšebeletso.’”+ 9 Kahoo morena a re ho eena: “E-ea ka khotso.”+ Eaba oa tloha ’me o ea Hebrone.
10 Joale Absalome a romela lihloela+ melokong eohle ea Iseraele, a re: “Hang ha le utloa molumo oa lenaka, le re, ‘Absalome ke morena+ Hebrone!’”+ 11 Joale banna ba makholo a mabeli ba ne ba tsamaile le Absalome ho tloha Jerusalema, ba bitsitsoe ’me ba ea ba sa belaelle letho,+ ’me ba ne ba sa tsebe letho. 12 Ho ekelletsa moo, ha a nyehela mahlabelo, Absalome a romeletsa ho Akitofele+ Mogilone,+ moeletsi+ oa Davida, ho tsoa motseng oa habo Gilo.+ Morero oa bolotsana+ oa ’na oa e-ba matla haholo, ’me batho ba ne ba eketseha ka palo+ ka ho tsoelang pele ho Absalome.
13 Ka mor’a nako motlalehi oa litaba a fihla ho Davida, a re: “Lipelo+ tsa batho ba Iseraele li setse Absalome morao.” 14 Hang-hang Davida a re ho bahlanka bohle ba hae ba neng ba e-na le eena Jerusalema: “Emang, ’me re baleheng;+ etsoe re ke ke ra phonyoha ka lebaka la Absalome! Tsamaeang ka potlako, esere a potlaka ’me a re fumana eaba o re tlisetsa se sebe ’me o hlasela motse ka bohale ba sabole!”+ 15 Eaba bahlanka ba morena ba re ho morena: “Ho ea ka sohle seo khosi ea ka morena a ka se khethang, bahlanka ba hao ke bana.”+ 16 Kahoo morena a tsoa le bohle ba ntlo ea hae ba le maotong a hae,+ eaba morena o siea basali ba leshome, lirethe,+ hore li hlokomele ntlo. 17 Morena a tsoela pele ho tsoa le batho bohle ba le maotong a hae; ba emisa Bethe-merehake.
18 Bahlanka bohle ba hae ba ne ba tšela lehlakoreng la hae; Bakerethe bohle le Bapelethe+ bohle le Bagathe+ bohle, banna ba makholo a tšeletseng ba neng ba mo latetse ho tsoa Gathe,+ ba ne ba tšela ka pel’a sefahleho sa morena. 19 Joale morena a re ho Itai+ Mogathe: “Ke hobane’ng ha le uena u lokela ho ea le rōna? Khutla+ ’me u lule le morena; kaha u osele ’me, ntle ho moo, u moholehuoa ho tsoa sebakeng sa heno. 20 Ke maobane ha u ne u tla ’me na kajeno ke tla etsa hore u hlahlathele+ le rōna, hore u tsamaee ha ke e-ea kae kapa kae moo ke eang teng? Khutla ’me u boele morao le barab’eno, [’me e se eka Jehova a ka u bontša] mosa o lerato+ le botšepehi!”+ 21 Empa Itai a araba morena a re: “Ka Jehova ea phelang le ka khosi ea ka morena ea phelang,+ sebakeng seo khosi ea ka morena a ka bang ho sona, ebang ke bakeng sa lefu kapa bakeng sa bophelo, ke hona moo mohlanka oa hao a tla ba teng!”+ 22 Eaba Davida o re ho Itai:+ “Tsamaea ’me u tšele.” Kahoo Itai Mogathe a tšela, hammoho le batho bohle ba hae le bana bohle ba banyenyane ba neng ba e-na le eena.
23 Batho bohle ba naha ba ne ba lla ka lentsoe le phahameng,+ ’me batho bohle ba ne ba tšela, ’me morena o ne a eme phuleng ea molapo o phoroselang ea Kidrone,+ ’me batho bohle ba ne ba tšela tseleng e bulehileng e eang lefeelleng. 24 Bonang! ho ne ho e-na le Tsadoke+ ’me a e-na le Balevi+ bohle ba jereng+ areka+ ea selekane ea Molimo oa ’nete; ba beha areka ea Molimo oa ’nete fatše pel’a Abiathare+ ho fihlela batho bohle ba qetile ho tšela ho tsoa motseng. 25 Empa morena a re ho Tsadoke: “Khutlisetsa areka+ ea Molimo oa ’nete motseng.+ Haeba ke tla fumana kamohelo mahlong a Jehova, ka sebele o tla boela a nkhutlise ’me a ntumelle ho e bona le sebaka sa eona sa bolulo.+ 26 Empa haeba sena ke seo a tla se bua, ‘Ha kea khahloa ke uena,’ ke ’na enoa, a ke a nketse feela joalokaha ho le molemo mahlong a hae.”+ 27 Morena a tsoela pele ho re ho moprista Tsadoke: “U seboni,+ na ha ho joalo? Khutlela motseng ka khotso, le mora oa hao Akimaze le Jonathane+ mora oa Abiathare, bara ba lōna ba babeli, hammoho le lōna. 28 Bonang, ke tla lieha malibohong a lefeella ho fihlela lentsoe le tla ho tsoa ho lōna ho ntsebisa.”+ 29 Tumellanong le hoo Tsadoke le Abiathare ba khutlisetsa areka ea Molimo oa ’nete Jerusalema, eaba ba tsoela pele ho lula moo.
30 Davida o ne a nyoloha ka moepa oa Mehloaare,+ a nyoloha a ntse a lla, a ikoahetse hlooho;+ o ne a tsamaea a sa roala letho maotong, ’me e mong le e mong ho batho bohle ba neng ba e-na le eena o ne a ikoahetse hlooho, ’me ba nyoloha ba ntse ba lla.+ 31 Ha tlaleheloa Davida, ha thoe: “Akitofele o har’a ba rerang bolotsana+ le Absalome.”+ Eaba Davida o re:+ “Ka kōpo, Jehova,+ fetola keletso ea Akitofele booatla!”+
32 Eitse ha Davida a fihla tlhōrōng ea thaba moo batho ba neng ba tloaetse ho inamela Molimo teng, Hushai+ Moareke+ o ne a tlil’o mo khahlanyetsa, seaparo sa hae se selelele sa ka holimo se hahotsoe ’me a le mobu hloohong.+ 33 Leha ho le joalo, Davida a re ho eena: “Haeba u ne u tšetse le ’na, joale ka sebele u ne u tla ba mojaro ho ’na.+ 34 Empa haeba u khutlela motseng ’me u re ho Absalome, ‘Ke mohlanka oa hao, Morena. Ke ’nile ka ba mohlanka oa ntat’ao, ka nako eo, empa joale ke mohlanka oa hao,’+ joale u nyopise+ keletso ea Akitofele bakeng sa ka. 35 Na baprista Tsadoke le Abiathare ha ba hammoho le uena moo?+ Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u ka e utloang ntlong ea morena u lokela ho e bolella baprista Tsadoke le Abiathare.+ 36 Bona! Bara ba bona ba babeli ba na le bona moo, Akimaze+ oa Tsadoke le Jonathane+ oa Abiathare; le nthomelle ka bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le ka e utloang.” 37 Kahoo Hushai, motsoalle oa Davida,+ a kena motseng. Ha e le Absalome,+ a tla Jerusalema.
16 Ha Davida a tšeletse hanyenyane ka nģ’ane ho tlhōrō ea thaba,+ Tsiba+ mohlanka oa Mefiboshethe+ a mo khahlanyetsa ka liesele+ tse peli tse qhanehiloeng ’me li belesitsoe mahobe+ a makholo a mabeli le mahobe a lekholo a morara o omisitsoeng+ le mejaro e lekholo ea litholoana+ tsa lehlabula le nkho e khōlō ea veine.+ 2 Joale morena a re ho Tsiba: “Lintho tsee li bolela’ng ho uena?”+ Eaba Tsiba o re: “Liesele ke tsa ba ntlo ea morena hore ba li palame, ’me bohobe le mojaro oa litholoana tsa lehlabula ke tsa bahlankana+ hore ba li je, ’me veine ke ea ea khathetseng+ lefeelleng+ hore a e noe.” 3 Joale morena a re: “Mora oa mong’a hao o hokae?”+ Eaba Tsiba o re ho morena: “Ke eane o lula Jerusalema; etsoe o itse, ‘Kajeno ntlo ea Iseraele e tla nkhutlisetsa bobusi ba Ntate.’”+ 4 Joale morena a re ho Tsiba: “Bona! Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea Mefiboshethe ke ea hao.”+ Ka mor’a moo Tsiba a re: “Kea inama.+ E-re ke fumane kamohelo mahlong a hao, khosi ea ka morena.”
5 Morena Davida a fihla Bahurime,+ ’me, bonang! ea tsoang moo e ne e le monna oa lelapa la ntlo ea Saule, ’me lebitso la hae e ne e le Shimei,+ mora oa Gera, a tsoa ’me a rohakana ha a ntse a tsoa.+ 6 A qala ho betsa Davida ka majoe le bahlanka bohle ba Morena Davida; batho bohle le banna bohle ba matla ba ne ba le lehlakoreng la hae le letona le le letšehali. 7 Sena ke seo Shimei a ileng a se bua ha a ntse a rohakana: “Tloha, tloha, uena monna ea molato oa mali+ le monna ea se nang molemo!+ 8 Jehova o khutliselitse holim ’a hao molato oohle oa mali bakeng sa ntlo ea Saule eo u busitseng u le morena sebakeng sa hae; Jehova o fana ka borena letsohong la mora oa hao Absalome. Bona! u tlokotsing, hobane u monna ea molato oa mali!”+
9 Qetellong Abishai mora oa Tseruja+ a re ho morena: “Ke hobane’ng ha ntja+ ee e shoeleng e lokela ho rohaka khosi ea ka morena?+ Ka kōpo, e-re ke ee ’me ke mo khaole hlooho.”+ 10 Empa morena a re: “Taba ea ka le lōna ke efe,+ lōna bara ba Tseruja?+ Kahoo, mo tlohele hore a rohakane,+ hobane Jehova o itse ho eena,+ ‘Rohaka Davida!’ Kahoo ke mang ea lokelang ho re, ‘Ke hobane’ng ha u entse seo?’”+11 Davida a tsoela pele ho re ho Abishai le bahlanka bohle ba hae: “Bonang! mora oa ka, ea tsoileng lithong tsa ka tse ka hare, o batla moea oa ka;+ ho joalo hakaakang ka Mobenjamine!+ Mo tloheleng e le hore a ka rohakana, etsoe Jehova o mo boleletse joalo! 12 Mohlomong Jehova o tla bona+ ka leihlo la hae, ’me Jehova o tla mpuseletsa molemo ho e-na le thohako ea hae letsatsing lena.”+ 13 Eaba Davida le banna ba hae ba tsoela pele ho tsamaea tseleng, ha Shimei a ntse a tsamaea lehlakoreng la thaba, a tsamaea a bapile le eena e le hore a ka rohakana;+ a ’na a betsa majoe ha a ntse a bapile le eena, ’me a thuntša lerōle le lengata.+
14 Qetellong morena le batho bohle ba neng ba e-na le eena ba fihla ba khathetse. Kahoo ba ikhatholla moo.+
15 Ha e le Absalome le batho bohle, banna ba Iseraele, ba kena Jerusalema;+ ’me Akitofele+ o ne a e-na le eena. 16 Eitse hang ha Hushai+ Moareke,+ motsoalle oa Davida,+ a kena ho Absalome, Hushai a re ho Absalome: “Morena a ke a phele!+ Morena a ke a phele!” 17 Eaba Absalome o re ho Hushai: “Ona ke mosa oa hao o lerato ho motsoalle oa hao, na ha ho joalo? Ke hobane’ng ha u sa tsamaea le motsoalle oa hao?”+ 18 Kahoo Hushai a re ho Absalome: “Che; empa eo Jehova a mo khethileng, le batho bana le banna bohle ba Iseraele, ke tla ba oa hae, ’me ke tla lula le eena. 19 Ka lekhetlo la bobeli ke tla re, Ke tla sebeletsa mang? Na hase ka pel’a mora oa hae? Feela joalokaha ke sebelelitse ka pel’a ntat’ao, ka ho tšoanang ke tla ba ka pel’a hao.”+
20 Hamorao Absalome a re ho Akitofele: “Fanang ka keletso.+ Re tla etsa joang?” 21 Joale Akitofele a re ho Absalome: “Kopanela liphate le lirethe tsa ntat’ao,+ tseo a li siileng hore li hlokomele ntlo.+ Ka sebele Baiseraele bohle ba tla utloa hore u ikentse ea nkhang hampe+ ho ntat’ao,+ ’me ka sebele matsoho+ a bohle ba nang le uena a tla ba matla.” 22 Tumellanong le hoo ba hlomela Absalome tente holim ’a marulelo,+ eaba Absalome o qala ho kopanela liphate le lirethe tsa ntat’ae+ mahlong a Baiseraele bohle.+
23 Keletso eo Akitofele a neng a eletsa ka eona matsatsing ao, e ne e le joalokaha motho a ne a botsa lentsoe ho Molimo oa ’nete. Ke tsela eo keletso+ eohle ea Akitofele+ e neng e le ka eona ho Davida le ho Absalome.
17 Akitofele a re ho Absalome: “Ka kōpo, e-re ke khethe banna ba likete tse leshome le metso e ’meli ’me ke tlohe ke lelekise Davida bosiung bona.+ 2 Ke tla mo futuhela ha a tepeletse ebile a fokotse matsoho ka bobeli,+ ’me ka sebele ke tla mo thothometsa; batho bohle ba nang le eena ba tla lokela ho baleha, ’me ka sebele ke tla bolaea morena.+ 3 E-re ke khutlisetse batho bohle ho uena. Ho khutla ha batho bohle ho itšetlehile ka monna eo u mo batlang; batho bohle ba tla ba khotsong.” 4 Lentsoe leo le ne le lokile mahlong a Absalome+ le mahlong a banna bohle ba baholo ba Iseraele.
5 Leha ho le joalo, Absalome a re: “Ka kōpo, bitsa le Hushai+ Moareke, ’me re utloeng se molomong oa hae.” 6 Kahoo Hushai a kena ho Absalome. Joale Absalome a re ho eena: “Ke tsela eo ka eona Akitofele a buileng ho ea ka lentsoe lena. Na re tla etsa ka lentsoe la hae? Haeba ho se joalo, u bue.” 7 Eaba Hushai o re ho Absalome: “Keletso eo Akitofele a elelitseng ka eona ha e ntle ketsahalong ena!”+
8 Hushai a tsoela pele ho re: “U tseba ntat’ao hantle le banna ba hae, hore ba matla,+ ’me moea oa bona o utloile bohloko,+ joaloka bere e tšehali e lahlehetsoeng ke malinyane a eona naheng;+ ntat’ao ke mohlabani,+ ’me a ke ke a hlola bosiu le batho. 9 Bona! Hona joale o ipatile+ ka ho se seng sa likoti kapa ho se seng sa libaka tse ling; ka sebele etlare hang feela ha a oela holim ’a bona qalong, joale ea utloang ka hona o tla utloa ’me a re, ‘Batho ba latelang Absalome ba hlōtsoe!’ 10 Esita le monna ea sebete eo pelo ea hae e leng joaloka pelo ea tau+ ka sebele o tla nolofala ka lebaka la bofokoli;+ etsoe Baiseraele bohle baa hlokomela hore ntat’ao ke monna+ ea matla le bona banna ba sebete ba nang le eena ba matla.+ 11 Ke re ha ke eletsa: E-re Baiseraele bohle ba bokelloe ho uena, ho tloha Dane ho ea Beerseba,+ joaloka lehlabathe le pel’a leoatle ka bongata,+ le uena u ee ntoeng.+ 12 Re tla mo futuhela ho se seng sa libaka tseo ka sebele a tla fumanoa ho tsona,+ ’me re tla ba holim ’a hae feela joalokaha phoka+ e oela fatše; ka sebele ho ke ke ha sala esita le ea mong ho eena le har’a banna bohle ba nang le eena. 13 Haeba o tla tloha ho ea motseng o mong, Baiseraele bohle le bona ba tla nka liropo ho ea motseng oo, ’me ka sebele re tla o hulela phuleng ea molapo o phoroselang, ho fihlela ha ho sa fumanoe teng esita le lejoana le chitja.”+
14 Joale Absalome le banna bohle ba Iseraele ba re: “Keletso ea Hushai Moareke e molemo+ ho feta keletso ea Akitofele!” Jehova o ne a fane ka taelo+ ea ho nyopisa keletso+ ea Akitofele le hoja e ne e le ntle,+ e le hore Jehova a ka tlisetsa Absalome tlokotsi.+
15 Hamorao Hushai a re ho baprista Tsadoke+ le Abiathare: “Akitofele o elelitse Absalome le banna ba baholo ba Iseraele ka tsela ena le eane; ’me ke elelitse ka tsela ena le eane. 16 Joale romeletsang ka potlako ’me le bolelle Davida,+ le re, ‘U se ke ua lula lithoteng tsa lehoatata bosiung bona, empa ruri u tšoanela hore u tšele,+ esere morena le batho bohle ba nang le eena ba ka timetsoa.’”+
17 Ha Jonathane+ le Akimaze+ ba ntse ba eme Ene-rogele,+ lekhabunyane la tloha ho ea ba bolella. Kahoo ba tloha, kaha ba ne ba lokela ho bolella Morena Davida; etsoe ba ne ba sa khone ho bonahala ha ba kena motseng. 18 Leha ho le joalo, mohlankana e mong a ba bona ’me a bolella Absalome. Kahoo ka bobeli ba tloha ka potlako ’me ba tla ntlong ea monna e mong Bahurime,+ ea neng a e-na le seliba ka lebaleng la hae; ’me ba theohela ka ho sona. 19 Ka mor’a moo mosali a nka lesira a le ala holim ’a seliba ’me a bokella lijo-thollo tse tutsoeng holim ’a sona;+ ha ho letho le ileng la tsebahala ka sona. 20 Joale bahlanka ba Absalome ba tla ho mosali eo ntlong ea hae ’me ba re: “Akimaze le Jonathane ba hokae?” Eaba mosali eo o re ho bona: “Ba fetetse pele ho tloha mona ho ea metsing.”+ Joale ba ’na ba batla, ’me ha baa ka ba ba fumana+ kahoo ba khutlela Jerusalema.
21 Eitse ka mor’a hore ba tsamaee joale ba nyoloha ho tsoa selibeng ’me ba ea eaba ba bolella Morena Davida ’me ba re ho Davida: “Emang ’me ka potlako le tšele metsing; kaha ena ke tsela eo Akitofele a elelitseng+ khahlanong le lōna ka eona.” 22 Kapele-pele Davida a ema ’me batho bohle ba neng ba e-na le eena ba ema, ’me ba ’na ba tšela Jordane ho fihlela ka meso,+ ho fihlela ho se le ea mong ea haellang ea neng a sa tšela Jordane.
23 Ha e le Akitofele, a bona hore ho ne ho sa etsoa ka keletso ea hae,+ eaba o qhaneha esele oa ema ’me oa tloha o ea ntlong ea hae motseng oa habo.+ Joale a fana ka litaelo ho ba ntlo+ ea hae eaba oa iphanyeha+ kahoo a shoa.+ Kahoo a patoa+ sebakeng sa lepato sa baholo-holo ba hae.
24 Ha e le Davida, a tla Mahanaime,+ ’me Absalome a tšela Jordane, eena hammoho le banna bohle ba Iseraele. 25 Amasa+ ke eena eo Absalome a ileng a mo beha sebakeng sa Joabe+ ho okamela lebotho; Amasa e ne e le mora oa monna eo lebitso la hae e neng e le Jithra+ Moiseraele, ea ileng a kopanela liphate le Abigaile+ morali oa Nahashe, khaitseli ea Tseruja, ’mè oa Joabe. 26 Baiseraele le Absalome ba hloma liahelo naheng ea Gileade.+
27 Eitse hang ha Davida a fihla Mahanaime, Shobi mora oa Nahashe ea tsoang Raba+ ea bara ba Ammone,+ le Makire+ mora oa Amiele+ ea tsoang Lo-debare, le Barzilai+ Mogileade ea tsoang Roglime+ 28 ba tlisa libethe le likotlolo le lijana tsa sebōpi, le koro le harese le phofo+ le lijo-thollo+ tse halikiloeng le linaoa+ tse sephara le lensisi+ le lijo-thollo tse chechisitsoeng; 29 le mahe a linotši+ le sereleli+ le linku le lebejana la likhomo ba li tlisa ka pele hore Davida le batho ba neng ba e-na le eena ba je,+ etsoe ba ne ba re: “Batho ba lapile ’me ba khathetse ebile ba nyoriloe lefeelleng.”+
18 Davida a bala batho ba neng ba e-na le eena ’me a beha balaoli ba ba likete le balaoli ba ba makholo hore ba ba okamele.+ 2 Ho ekelletsa moo, Davida a romela karolo ea boraro+ ea batho tlas’a letsoho la Joabe+ le karolo ea boraro tlas’a letsoho la Abishai+ mora oa Tseruja, mor’abo Joabe,+ le karolo ea boraro tlas’a letsoho la Itai+ Mogathe. Joale morena a re ho batho: “Ruri le ’na ke tla tsoa le lōna.” 3 Empa batho ba re: “U se ke ua tsoa,+ etsoe haeba re ka baleha, ba ne ba ke ke ba beha lipelo ho rōna;+ haeba halofo ea rōna e ka shoa, ba ne ba ke ke ba beha lipelo ho rōna, hobane u lekana le ba likete tse leshome ba rōna;+ joale ho ne ho ka ba molemo haeba u ne u ka re sebeletsa hore u fane ka thuso+ u le motseng.” 4 Kahoo morena a re ho bona: “Ke tla etsa eng kapa eng e bonahalang e le molemo mahlong a lōna.”+ Morena a ’na a ema lehlakoreng la heke,+ eaba batho bohle ba tsoa ka makholo le ka likete.+ 5 Morena a tsoela pele ho laela Joabe le Abishai le Itai, a re: “Le tšoare mohlankana Absalome ka mosa+ ka lebaka la ka.” Batho bohle ba utloa ha morena a laela balaoli bohle ka taba ea Absalome.
6 Batho ba tsoela pele ho tsamaea ho ea naheng ho ea kopana le Baiseraele; ’me ntoa ea e-ba morung oa Efraime.+ 7 Qetellong batho ba Iseraele+ ba hlōloa+ ka pel’a bahlanka ba Davida, ’me polao moo ea e-ba khōlō letsatsing leo, ea banna ba likete tse mashome a mabeli. 8 Moo ntoa ea kekela naheng eohle e ka bonoang. Ho feta moo, moru oa ja batho ba fetang ba jeloeng ke sabole letsatsing leo.
9 Qetellong Absalome a iphumana a le ka pel’a bahlanka ba Davida. Absalome o ne a palame ’moulo, ’me ’moulo oa kena tlas’a mofero oa makala a sefate se seholo sa setonanahali, hoo hlooho ea hae e ileng ea tšoaseha sefateng se seholo, ’me a leketla pakeng tsa maholimo le lefatše,+ ha ’moulo oo a neng a o palame o fetela pele. 10 Joale monna ea itseng a bona sena eaba o bolella Joabe+ ’me o re: “Bona! Ke bone Absalome a leketlile sefateng se seholo.” 11 Eaba Joabe o re ho monna ea neng a mo bolella: “U bone seo, ’me ke hobane’ng ha u sa ka ua mo bolaela fatše hona moo? Joale ke ne ke tla tlameha ho u fa likotoana tse leshome tsa silevera le lebanta.”+ 12 Empa monna eo a re ho Joabe: “Le hoja ke ne nka lekanya likotoana tse sekete tsa silevera liatleng tsa ka, ke ne nke ke ka otlolla letsoho la ka khahlanong le mora oa morena; etsoe morena o ile a laela uena le Abishai le Itai moo re ntseng re utloa, a re, ‘Ho sa tsotellehe hore na le bo-mang, le lebele mohlankana eo, Absalome.’+ 13 Ho seng joalo nka be ke sebetsane le moea oa hae ka bolotsana ’me taba ena eohle e ne e ke ke ea pateloa morena,+ ’me u ne u tla emella ka thōko.” 14 Eaba Joabe o re: “E-re ke se ke ka lieha ka tsela ena ka pel’a hao!” Eaba o nka metsu e meraro seatleng sa hae ’me o e hlabella+ pelong ea Absalome pelong+ ea sefate seo se seholo a ntse a phela. 15 Joale bahlanka ba leshome ba nkileng libetsa tsa Joabe ba fihla ’me ba otla Absalome, e le hore ba ka mo bolaea.+ 16 Joale Joabe a letsa lenaka,+ e le hore batho ba ka khutla ho lelekiseng Baiseraele; etsoe Joabe o ne a thibetse batho. 17 Qetellong ba nka Absalome eaba ba mo lahlela ka morung ka har’a sekoti se seholo ’me ba emisa qubu e khōlō haholo ea majoe holim ’a hae.+ Ha e le Baiseraele bohle, monna e mong le e mong a balehela lapeng la hae.
18 Joale Absalome, ha a ntse a phela, o ne a nkile sefika,+ ’me a ikemiselitse sona, Khohlong ea Morena,+ etsoe o ne a itse: “Ha ke na mora e le hore lebitso la ka le ’ne le hopoloe.”+ Kahoo a rehella sefika seo ka lebitso la hae,+ ’me se ntse se tsoela pele ho bitsoa Sefika sa Absalome ho fihlela letsatsing lena.
19 Joale ha e le Akimaze+ mora oa Tsadoke, a re: “Ka kōpo, e-re ke mathe ’me ke phunye litaba ho morena, hobane Jehova o mo ahloletse ho mo lokolla matsohong a lira tsa hae.”+ 20 Empa Joabe a re ho eena: “Hase uena monna ea phetang litaba letsatsing lena, ’me u tla phunya litaba ka letsatsi le leng; empa letsatsing lena u ke ke ua phunya litaba, ka lebaka la hore mora oa morena o shoele.”+ 21 Joale Joabe a re ho Mokushe:+ “E-ea, u bolelle morena seo u se boneng.” Eaba Mokushe o inamela Joabe ’me o qala ho matha. 22 Joale Akimaze mora oa Tsadoke a boela a re ho Joabe: “Joale, ho ke ho etsahale eng kapa eng e tla etsahala, ka kōpo, e-re le ’na ke mathe ka mor’a Mokushe.” Leha ho le joalo, Joabe a re: “Ke hobane’ng ha u lokela ho matha, mora oa ka, ha ho se litaba tse fumanoang bakeng sa hao?” 23 Ho ntse ho le joalo a re: “Joale, ho ke ho etsahale eng kapa eng e tlang ho etsahala, e-re ke mathe.” Kahoo a re ho eena: “Matha!” Akimaze a qala ho matha ka tsela ea Setereke,+ ’me qetellong a feta Mokushe.
24 Joale Davida o ne a lutse pakeng tsa liheke tse peli.+ Khabareng, molebeli+ a ea marulelong a heke e lerakong. Qetellong a phahamisa mahlo eaba oa talima, ’me bonang! ho ne ho e-na le monna ea mathang a le mong. 25 Kahoo molebeli a hooa ’me a bolella morena, eaba morena o re: “Haeba o mong, ho na le litaba molomong oa hae.” A ’na a tla, a ntse a atamela hanyane ka hanyane. 26 Joale molebeli a bona monna e mong ea mathang. Ka hona molebeli a bitsa molebeli oa heke ’me a re: “Bona! Monna e mong ea mathang a le mong!” eaba morena o re: “Enoa le eena ke ea tlalehang litaba.” 27 Molebeli a tsoela pele ho re: “Kea bona hore mokhoa oo oa pele a mathang ka oona o tšoana le mokhoa+ oo Akimaze+ mora oa Tsadoke a mathang ka oona,” eaba morena o re: “Enoa ke monna ea molemo,+ ’me o lokela ho tla le litaba tse molemo.”+ 28 Qetellong Akimaze a hooa ’me a re ho morena: “Lintho li tsamaea hantle!” Eaba o inamela morena sefahleho sa hae se shebile fatše. A tsoela pele ho re: “Ho bokoe+ Jehova Molimo oa hao, ea nehelaneng+ ka banna ba phahamisitseng matsoho a bona khahlanong le khosi ea ka morena!”
29 Leha ho le joalo, morena a re: “Na lintho li tsamaea hantle ho mohlankana Absalome?” Eaba Akimaze o re: “Ke bone moferefere o moholo nakong eo Joabe a romelang mohlanka oa morena le mohlanka oa hao, ’me ke ne ke sa tsebe hore na ke oa eng.”+ 30 Kahoo morena a re: “Emella ka thōko, u eme mona.” Eaba o emella ka thōko ’me a ’na a ema a khutsitse.
31 Bonang! Mokushe+ a kena, eaba Mokushe o qala ho re: “Khosi ea ka morena a ke a amohele litaba, etsoe kajeno Jehova o u ahloletse ho u lokolla matsohong a bohle ba u tsohelang matla.”+ 32 Empa morena a re ho Mokushe: “Na lintho li tsamaea hantle ho mohlankana Absalome?” Eaba Mokushe o re: “E se eka lira tsa khosi ea ka morena le bohle ba ileng ba u tsohela matla bakeng sa bobe ba ka ba joaloka mohlankana eo.”+
33 Joale morena a khathatseha eaba o nyolohela kamoreng e marulelong+ ka holim ’a tsela ea heke ’me a qala ho lla; sena ke seo a ileng a se bua ha a ntse a tsamaea: “Mora oa ka Absalome, mora oa ka, mora+ oa ka Absalome! Hoja ebe ke shoele, ho e-na le uena, Absalome mora oa ka, mora oa ka!”+
19 Hamorao ha tlaleheloa Joabe ha thoe: “Bona! Morena oa lla, ’me o tsoela pele ho siama ka lebaka la Absalome.”+ 2 Kahoo letsatsing leo poloko ea e-ba nako ea hore batho bohle ba siame, hobane batho ba ne ba utloile ho thoe letsatsing leo: “Morena o utloile bohloko ka lebaka la mora oa hae.” 3 Batho ba qala ho nyenyelepa letsatsing leo ho tla motseng,+ feela joalokaha batho ba ne ba nyenyelepa ha ba ikutloa ba nyelisehile kahobane ba balehile ntoeng. 4 Morena a ikoahela sefahleho, ’me morena a tsoela pele ho hoeletsa ka lentsoe le phahameng: “Mora oa ka Absalome! Absalome mora oa ka, mora oa ka!”+
5 Qetellong Joabe a kena ho morena ka tlung ’me a re: “Kajeno u hlabisitse bahlanka bohle ba hao lihlong, ba pholosang moea oa hao kajeno+ le moea oa bara+ ba hao le barali+ ba hao le moea oa basali+ ba hao le moea oa lirethe+ tsa hao, 6 ka ho rata ba u hloileng le ka ho hloea ba u ratang; etsoe kajeno u tlalehile hore baokameli le bahlanka hase letho ho uena, hobane ke tseba hantle kajeno hore hoja Absalome a ne a phela ’me rōna ba bang kaofela re ne re shoele kajeno, tabeng eo ho ne ho tla be ho nepahetse mahlong a hao. 7 Joale ema, u tsoe ’me u bue ka ho otloloha le lipelo+ tsa bahlanka ba hao, hobane, ka Jehova, kea hlapanya hore, haeba u sa tsoe, ha ho monna ea tla lula le uena bosiung bona;+ ka sebele sena se tla ba sebe ho uena ho feta kotsi eohle e u tletseng ho tloha bocheng ba hao ho fihlela joale.” 8 Tumellanong le hoo morena a ema ’me a lula hekeng,+ eaba ho tlaleheloa batho bohle, ho thoe: “Morena ke eo o lutse hekeng.” Batho bohle ba qala ho tla ka pel’a morena.
Ha e le Baiseraele, ba ne ba balehetse e mong le e mong lapeng la hae.+ 9 Batho bohle ba kenella phehisanong melokong eohle ea Iseraele, ba re: “Ke morena ea ileng a re lopolla liatleng tsa lira tsa rōna,+ ’me ke eena ea ileng a re pholosa liatleng tsa Bafilista; joale o balehetse ka ntle ho naha ho tloha ho Absalome.+ 10 Ha e le Absalome, eo re mo tlotsitseng hore a re okamele,+ o shoeletse ntoeng.+ Kahoo joale ke hobane’ng ha le sa etse letho ho khutlisa morena?”+
11 Ha e le Morena Davida, a romeletsa ho baprista Tsadoke+ le Abiathare,+ a re: “Buang le banna ba baholo ba Juda,+ le re, ‘Ke hobane’ng ha le le ba ho qetela ba ho khutlisetsa morena ntlong ea hae, ha lentsoe la Baiseraele bohle le tlile ho morena ntlong ea hae? 12 Le barab’eso; le lesapo la ka le nama ea ka.+ Kahoo ke hobane’ng ha le le ba ho qetela ba ho khutlisa morena?’ 13 Le lokela ho re ho Amasa,+ ‘Na ha u lesapo la ka le nama ea ka? Kahoo e se eka Molimo a ka nketsa joalo ’me ka ho tšoanang e se eka a ka ekelletsa ho seo+ haeba u sa be molaoli oa lebotho ka pel’a ka kamehla ho e-na le Joabe.’”+
14 A sokolla lipelo tsa batho bohle ba Juda joaloka motho a le mong,+ hoo ba ileng ba romela lentsoe ho morena: “Khutla, uena le bahlanka bohle ba hao.”
15 Morena a qala ho khutla ’me a fihla Jordane. Ha e le Bajuda, ba tla Gilgale+ ho ea khahlanyetsa morena, ho tšelisetsa morena ka mose ho Jordane. 16 Joale Shimei+ mora oa Gera+ Mobenjamine, ea neng a tsoa Bahurime,+ a potlaka ’me a theoha le banna ba Juda ho ea khahlanyetsa Morena Davida. 17 O ne a e-na le banna ba sekete ba tsoang Benjamine. (Le Tsiba+ mohlokomeli oa ntlo ea Saule le bara+ ba hae ba leshome le metso e mehlano le bahlanka ba hae ba mashome a mabeli ba ne ba e-na le eena, ’me ba ile ba fihla ka katleho Jordane pele ho morena. 18 A tšela leliboho+ ho isa ba ntlo ea morena ka mose le ho etsa se molemo mahlong a hae.) Ha e le Shimei mora oa Gera, a itihela fatše ka pel’a morena ha a le mothating oa ho tšela Jordane.+ 19 Joale a re ho morena: “Moren ’a ka a se ke a ntjarisa phoso, ’me u se ke ua hopola phoso eo mohlanka oa hao a e entseng+ letsatsing leo ka lona khosi ea ka morena a neng a tsoa Jerusalema, hoo morena a lokelang ho e beha pelong ea hae.+ 20 Etsoe mohlanka oa hao o tseba hantle hore ke ’na ea entseng sebe; kahoo bona! kajeno ke tlile pele ho bohle ba ntlo ea Josefa+ ho theohela ho tla khahlanyetsa khosi ea ka morena.”
21 Hang-hang Abishai+ mora oa Tseruja+ a araba ’me a re: “E le puseletso ho sena na Shimei ha aa lokela ho bolaoa, ka hore ebe o ile a rohaka motlotsuoa oa Jehova?”+ 22 Empa Davida a re: “Taba ea ka le lōna ke efe,+ lōna bara ba Tseruja, hore ebe kajeno le lokela ho fetoha bahanyetsi+ ba ka? Na leha e le mang kajeno o tla bolaoa Iseraele?+ Etsoe na ha ke tsebe hantle hore kajeno ke ’na morena oa Iseraele?” 23 Joale morena a re ho Shimei: “U ke ke ua shoa.” Morena a tsoela pele ho mo hlapanyetsa.+
24 Ha e le Mefiboshethe+ setloholo sa Saule, a theoha ho tla kopana le morena; ’me o ne a sa ka a hlokomela maoto+ a hae kapa a hlokomela litelu+ tsa hae tse holim ’a molomo kapa a hlatsoa liaparo tsa hae ho tloha letsatsing leo ka lona morena a tsamaileng ho fihlela letsatsing leo ka lona a tlileng ka khotso. 25 Eitse ha a fihla Jerusalema ho ea kopana le morena, joale morena a re ho eena: “Mefiboshethe, ke hobane’ng ha u sa ka ua tsamaea le ’na?” 26 Eaba o re: “Khosi ea ka morena, ke mohlanka+ oa ka ea ileng a nqhekella. Etsoe mohlanka oa hao o ne a itse, ‘E-re ke iqhanehele esele e tšehali e le hore nka e palama ’me ke tsamaee le morena,’ etsoe mohlanka oa hao o holofetse.+ 27 Kahoo a etselletsa+ mohlanka oa hao ho khosi ea ka morena. Empa khosi ea ka morena o joaloka lengeloi+ la Molimo oa ’nete, kahoo etsa se molemo mahlong a hao. 28 Etsoe ntlo eohle ea Ntate e ne e tla ahloleloa lefu ho khosi ea ka morena, ’me leha ho le joalo u ile ua beha mohlanka oa hao har’a ba jang tafoleng ea hao.+ Kahoo ke sa ntse ke e-na le eng e joaloka kōpo e loketseng bakeng sa ho hoeletsa+ ka ho eketsehileng ho morena?”
29 Leha ho le joalo, morena a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u ntse u tsoela pele ho bua mantsoe a hao? ’Na ke re, Uena le Tsiba le lokela ho arolelana tšimo.”+ 30 Eaba Mefiboshethe o re ho morena: “E-re a e nke kaofela,+ kaha joale morena o kene ka khotso ntlong ea hae.”
31 Barzilai+ Mogileade a theoha Roglime e le hore a ka fetela pele Jordane le morena e le hore a mo felehetse ho ea Jordane. 32 Barzilai o ne a tsofetse haholo, a le lilemo li mashome a robeli;+ hape o ne a fa morena lijo ha a ntse a lula Mahanaime,+ etsoe e ne e le monna e moholo+ haholo. 33 Kahoo morena a re ho Barzilai: “Tšela le ’na, ’me ka sebele ke tla u fa lijo u e-na le ’na Jerusalema.”+ 34 Empa Barzilai a re ho morena: “Matsatsi a lilemo tsa bophelo ba ka ke’ng, hoo nka nyolohelang Jerusalema le morena? 35 Kajeno ke lilemo li mashome a robeli.+ Na nka lemoha pakeng tsa botle le bobe, kapa na mohlanka oa hao a ka latsoa seo ke se jeleng le seo ke se noeleng,+ kapa na nka hlola ke sa mamela+ lentsoe la libini tsa banna le tsa basali?+ Kahoo ke hobane’ng ha mohlanka oa hao e ka hlola e e-ba moroalo+ ho khosi ea ka morena? 36 Etsoe ke sebaka se senyenyane feela hore mohlanka oa hao a tlise morena Jordane, ’me ke hobane’ng ha morena a lokela ho mpuseletsa ka moputso oo?+ 37 Ka kōpo, e-re mohlanka oa hao a khutle, e-re ke shoelle+ motseng oa heso haufi le sebaka sa lepato sa Ntate le ’Mè.+ Empa mohlanka oa hao Kimhame ke enoa.+ E-re a tšele le khosi ea ka morena; u mo etse se molemo mahlong a hao.”
38 Tumellanong le hoo morena a re: “Kimhame o tla tšela le ’na, ’me ke tla mo etsa se molemo mahlong a hao; ke tla u etsetsa sohle seo u ka khethang ho se beha holim ’a ka.” 39 Joale batho bohle ba qala ho tšela Jordane, le morena a tšela; empa morena a aka+ Barzilai ’me a mo hlohonolofatsa,+ ka mor’a moo a khutlela sebakeng sa habo. 40 Ha morena a tšelela Gilgale,+ Kimhame a tšela le eena, le batho bohle ba Juda, le halofo ea batho ba Iseraele, e le hore ba ka tšelisa morena.
41 Bonang! batho bohle ba Iseraele ba ne ba tla ho morena, eaba ba re ho morena: “Ke hobane’ng+ ha barab’abo rōna banna ba Juda ba ile ba u utsoa e le hore ba ka tšelisa morena le ba ntlo ea hae le banna bohle ba Davida ba nang le eena Jordane?”+ 42 Eaba banna bohle ba Juda ba araba banna ba Iseraele: “Hobane morena o amana le rōna haufi-ufi;+ ke hobane’ng ha le halefisitsoe ke ntho ee? Na re jele ka litšenyehelo tsa morena, kapa na mpho e tlisitsoe ho rōna?”
43 Leha ho le joalo, banna ba Iseraele ba araba banna ba Juda ’me ba re: “Re na le likabelo tse leshome ho morena,+ hoo esita le ho Davida re le fetang. Joale, ke hobane’ng ha le re eisitse, ’me ke hobane’ng ha taba ea rōna e sa ka ea e-ba hore pele+ re khutlise morena oa rōna?” Empa lentsoe la banna ba Juda le ne le le boima ho feta lentsoe la banna ba Iseraele.
20 Joale ho ne ho e-na le monna e mong ea se nang molemo,+ eo lebitso la hae e neng e le Sheba,+ mora oa Bikri Mobenjamine; a letsa lenaka+ ’me a re: “Ha re na kabelo ho Davida, ’me ha re na lefa ho mora oa Jese.+ E mong le e mong a ee ho melimo+ ea hae, Uena Iseraele!” 2 Eaba banna bohle ba Iseraele ba qala ho nyoloha ba tloha ho lateleng Davida ho ea latela Sheba mora oa Bikri;+ empa ha e le banna ba Juda, ba khomarela morena oa bona ho tloha Jordane ho ea Jerusalema.+
3 Qetellong Davida a fihla ntlong ea hae Jerusalema.+ Joale morena a nka basali ba leshome,+ lirethe tseo a neng a li siile hore li hlokomele ntlo, eaba o ba kenya ka tlung ea botlamuoa, empa a ’na a ba fa lijo. Ha aa ka a kopanela liphate le bona,+ empa ba ’na ba lula ba koaletsoe ka thata ho fihlela letsatsing la ho shoa ha bona, ba le bohlolohaling ka monna ea phelang.
4 Joale morena a re ho Amasa:+ “Mpokellele banna ba Juda ka matsatsi a mararo, ’me u eme mona.” 5 Kahoo Amasa a bokella Juda; empa a tla ka morao ho nako e tobileng eo a neng a mo behetse eona. 6 Joale Davida a re ho Abishai:+ “Joale ho rōna Sheba+ mora oa Bikri o tla ba mobe ho feta Absalome.+ Nka bahlanka+ ba morena oa hao ’me u mo lelekise, e le hore ka sebele a se ke a iphumanela metse e etselitsoeng liqhobosheane ’me a phonyoha ka pel’a mahlo a rōna.” 7 Ka lebaka leo banna ba Joabe+ le Bakerethe+ le Bapelethe+ le banna bohle ba matla ba tsoa ka mor’a hae; ba tsoa Jerusalema ho lelekisa Sheba mora oa Bikri. 8 Ba ne ba le haufi le lejoe le leholo le leng Gibeone,+ ’me Amasa+ a tla ho tla kopana le bona. Joale Joabe o ne a itlamme, a apere seaparo; ’me o ne a e-na le sabole e tlamelletsoeng lethekeng, e le selateng sa eona. A tsoa, ’me ea oa.
9 Joabe a re ho Amasa: “Na u ntse u ikela hantle, mor’eso?”+ Joale letsoho le letona la Joabe la tšoara litelu tsa Amasa e le hore a mo ake.+ 10 Ha e le Amasa, o ne a sa itebela khahlanong le sabole e neng e le letsohong la Joabe; hoo a ileng a mo hlaba+ ka eona mpeng, ’me mala a hae a horometsehela fatše, ’me ha aa ka a lokela ho mo etsa joalo hape. Kahoo a shoa. Joabe le Abishai mor’abo ba lelekisa Sheba mora oa Bikri.
11 E mong oa bahlankana ba Joabe a ema a mo okametse ’me a ’na a re: “Mang kapa mang ea khahliloeng ke Joabe le mang kapa mang oa Davida,+ a ke a latele Joabe!” 12 Nakong eo eohle Amasa o ne a ntse a pitika ka har’a mali+ bohareng ba tsela e khōlō. Ha monna eo a bona hore batho bohle ba eme ba khutsitse, joale a tlosa Amasa tseleng e khōlō a mo isa tšimong. Qetellong a lahlela seaparo holim ’a hae, ha a bona hore e mong le e mong ea nyolohelang ho eena o ne a eme a khutsitse.+ 13 Hang ha a mo tlositse tseleng e khōlō, monna e mong le e mong o ne a feta a latela Joabe ho lelekisa Sheba+ mora oa Bikri.
14 Sheba a qala ho pholletsa le meloko eohle ea Iseraele ho ea Abele ea Bethe-maaka.+ Ha e le Babikri bohle, joale ba phutheha ’me le bona ba mo sala morao.
15 Ba tla ’me ba mo thibella Abele ea Bethe-maaka ’me ba haha ’mōtōmōtō o thibellang motse+ oo, kaha lerako le ne le eme ka har’a ’mōtōmōtō. Batho bohle ba neng ba e-na le Joabe ba ne ba cheka lerako leo ka tlaase, ho le heletsa. 16 Mosali e mong ea bohlale+ a qala ho hoeletsa a le motseng: “Mamelang, banna, mamelang! Ka kōpo, e-reng ho Joabe, ‘Atamela u tl’o fihla mona, ’me ke bue le uena.’” 17 Kahoo a atamela ho eena, joale mosali eo a re: “Na ke uena Joabe?” eaba o re: “Ke ’na.” Eaba o re ho eena: “Mamela mantsoe a lekhabunyane la hao.”+ Le eena a re: “Ke mametse.” 18 A tsoela pele ho re: “Linakong tsa pele ba ne ba tloaetse ho bua ba sa khetholle, ba re, ‘E-reng ba botse motse oa Abele, kahoo ka sebele ba tla phetha taba eo.’ 19 Ke emela ba nang le khotso+ le ba tšepahalang+ ba Iseraele. U batla ho bolaea motse+ le ’mè Iseraeleng. Ke hobane’ng ha u lokela ho timetsa+ lefa+ la Jehova?” 20 Eaba Joabe oa araba ’me o re: “Ke ho sa utloahaleng ka ho feletseng hore ke timetse le hore ke senye. 21 Taba ha e ka tsela eo, empa monna ea tsoang sebakeng se lithaba sa Efraime,+ eo lebitso la hae e leng Sheba+ mora oa Bikri, o phahamisitse letsoho khahlanong le Morena Davida.+ Nehelanang ka eena a le mong,+ ’me ke tla tloha motseng ona.”+ Joale mosali eo a re ho Joabe: “Bona! Hlooho+ ea hae e tla akheloa ho uena e tlōlisoe lerako!”
22 Hang-hang mosali eo a ea ka bohlale+ ba hae ho batho bohle, eaba ba khaola Sheba mora oa Bikri hlooho ’me ba e akhela ho Joabe. Ka mor’a moo a letsa lenaka,+ kahoo ba hasana ho tloha motseng oo, e mong le e mong a ea lapeng la hae; Joabe a khutlela Jerusalema ho morena.
23 Joabe o ne a okametse lebotho+ lohle la Iseraele; Benaia+ mora oa Jehojada+ o ne a okametse Bakerethe+ le Bapelethe.+ 24 Adorame+ o ne a okametse ba ngolisitsoeng bakeng sa mosebetsi o qobelloang; Josafate+ mora oa Akilude e ne e le motlalehi. 25 Sheva+ e ne e le mongoli,+ ’me Tsadoke+ le Abiathare+ e le baprista. 26 Ira Mojaire le eena ea e-ba moprista+ oa Davida.
21 Joale ha e-ba le tlala+ matsatsing a Davida ka lilemo tse tharo, lilemo tse latellanang; Davida a batla keletso ho Jehova. Joale Jehova a re: “Ho na le molato oa mali ho Saule le ho ntlo ea hae, hobane o bolaile+ Bagibeone.” 2 Kahoo morena a bitsa Bagibeone+ ’me a bua le bona. (Bagibeone e ne e se ba bara ba Iseraele, empa e ne e le ba ba setseng ba Baamore;+ bara ba Iseraele ba ne ba ba hlapanyelitse,+ empa Saule o ne a batla ho ba bolaea+ ka lebaka la ho boulella+ bara ba Iseraele le Juda.) 3 Davida a tsoela pele ho re ho Bagibeone: “Ke tla le etsa’ng, ’me ke tla koahela libe ka’ng,+ e le hore ka sebele le ka hlohonolofatsa lefa+ la Jehova?” 4 Kahoo Bagibeone ba re ho eena: “Hase taba ea silevera kapa khauta+ ho rōna mabapi le Saule le ba ntlo ea hae, leha e le hore ho tsoa ho rōna ho bolaea motho Iseraele.” Eaba o re: “Eng kapa eng eo le e buang ke tla le etsetsa eona.” 5 Eaba ba re ho morena: “Monna ea ileng a re felisa+ le ea ileng a rera+ ho re timetsa hore re se ke ra ba teng sebakeng leha e le sefe sa Iseraele, 6 e-re re fuoe banna ba supileng ba bara ba hae;+ re ba pepese+ ho Jehova Gibea+ ea Saule, mokhethoa oa Jehova.”+ Tumellanong le hoo morena a re: “Ke tla fana ka bona.”
7 Leha ho le joalo, morena a qenehela Mefiboshethe+ mora oa Jonathane mora oa Saule ka lebaka la kano+ ea Jehova e neng e le pakeng tsa bona, pakeng tsa Davida le Jonathane mora oa Saule. 8 Ka lebaka leo morena a nka bara ba babeli ba Rizpa+ morali oa Aja bao a neng a ba tsoaletse Saule, Armoni le Mefiboshethe, le bara ba bahlano ba Mikale+ morali oa Saule bao a neng a ba tsoaletse Adriele+ mora oa Barzilai Momehola. 9 Joale a nehelana ka bona matsohong a Bagibeone eaba ba ba pepesa holim ’a thaba ka pel’a Jehova,+ hoo ka bosupa ba bona ba ileng ba oa hammoho; ba ile ba bolaoa matsatsing a pele a kotulo, qalong ea kotulo ea harese.+ 10 Leha ho le joalo, Rizpa morali oa Aja+ a nka lesela la mokotla+ ’me a ikalla lona holim ’a lefika ho tloha qalong ea kotulo ho fihlela metsi a tšolohela holim ’a bona ho tsoa maholimong;+ ’me ha aa ka a lumella linonyana+ tsa maholimo ho lula holim ’a bona motšehare kapa libata+ tsa naha bosiu.
11 Qetellong ha tlaleheloa+ Davida seo Rizpa morali oa Aja, serethe sa Saule, a se entseng. 12 Kahoo Davida a ea ’me a nka masapo a Saule+ le masapo a mora oa hae Jonathane ho beng ba naha ba Jabeshe-gileade,+ ba neng ba a utsoitse lepatlelong la Bethe-shane,+ moo Bafilista ba neng ba ba fanyehile+ teng letsatsing leo ka lona Bafilista ba ileng ba bolaea Saule Gilboa.+ 13 A nyolla masapo a Saule le masapo a mora oa hae Jonathane moo; ho feta moo, ba bokella masapo a banna ba neng ba pepesitsoe.+ 14 Joale ba pata masapo a Saule le a mora oa hae Jonathane naheng ea Benjamine Zela+ sebakeng sa lepato sa ntat’ae Kishe,+ e le hore ba ka etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo morena a neng a e laetse. Kahoo Molimo a itumella hore a kōptjoe ka tieo bakeng sa naha ka mor’a sena.+
15 Bafilista+ ba boela ba loantša Baiseraele. Ka lebaka leo Davida hammoho le bahlanka ba hae ba theoha ’me ba loantša Bafilista; eaba Davida oa khathala. 16 Jishbi-benobe, ea neng a le har’a ba tsoetsoeng ke Barefaime,+ eo boima ba lerumo+ la hae e neng e le lishekele tse makholo a mararo tsa koporo le ea neng a hlometse ka sabole e ncha, a nahana ho bolaea Davida. 17 Hang-hang Abishai+ mora oa Tseruja a tla hore a mo thuse+ ’me a hlaba Mofilista eo a mo bolaea. Nakong eo banna ba Davida ba mo hlapanyetsa, ba re: “U se ke ua hlola u ea ntoeng le rōna,+ e le hore u se ke ua tima+ lebone+ la Iseraele!”
18 Eitse ka mor’a sena ba boela ba loana le Bafilista Gobe. Joale Sibekai+ Mohushathe+ a bolaea Safe, ea neng a le har’a ba tsoetsoeng ke Barefaime.+
19 Ba boela ba loana le Bafilista Gobe, eaba Elkanane+ mora oa Jare-oregime Mobethlehema o bolaea Goliathe Mogathe, eo thekō ea lerumo la hae e neng e le joaloka toloki ea ba sebetsang ka foreimi e etsang masela.+
20 Ntoa ea boela ea e-ba teng Gathe,+ ha ho ne ho e-na le monna ea boholo bo sa tloaelehang, ea nang le menoana e tšeletseng ho le leng le le leng la matsoho a hae le menoana e tšeletseng ho le leng le le leng la maoto a hae, e mashome a mabeli a metso e mene ka palo; le eena o ne a tsoaletsoe Barefaime.+ 21 A ’na a nyelisa+ Baiseraele. Qetellong Jonathane+ mora oa Shimei,+ mor’abo Davida, a mo bolaea.
22 Bana ba bane ba ne ba tsoaletsoe Barefaime Gathe;+ ba oa ka letsoho la Davida le ka matsoho a bahlanka ba hae.+
22 Davida a bua le Jehova mantsoe a pina+ ena ka letsatsi leo ka lona Jehova a neng a mo lopolotse liatleng tsa lira+ tsohle tsa hae le seatleng sa Saule;+ 2 a tsoela pele ho re:
“Jehova ke lefika+ la ka le qhobosheane+ ea ka le Mopholosi oa ka.+
3 Molimo oa ka ke lefika+ la ka. Ke tla tšabela ho eena,
Ke thebe+ ea ka le lenaka+ la ka la poloko, sebaka sa ka se phahameng sa tšireletso,+
Le sebaka seo ke balehelang ho sona,+ Mopholosi+ oa ka; u mpholosa pefong.+
5 Etsoe maqhubu a loebehlanang a bolaeang a ile a mpota-pota;+
Meroallo e phoroselang ea batho ba se nang molemo ea ’na ea ntšosa.+
7 Mahlomoleng a ka ka ’na ka ipiletsa ho Jehova,+
Ka ’na ka hoeletsa+ ho Molimo oa ka.
Joale a utloa lentsoe la ka a le tempeleng ea hae,+
Mohoo oa ka o kōpang thuso o le litsebeng tsa hae.+
8 Lefatše la qala ho hlokoleha le ho reketla;+
Metheo ea maholimo ea tsukutleha,+
Ea ’na ea hlokoleha kahobane o ne a halefisitsoe.+
9 Mosi oa nyoloha linkong tsa hae, ’me mollo oa ’na oa chesa+ ho tsoa molomong oa hae;
Mashala a tuka ho tsoa ho eena.+
13 Ho tsoa khanyeng e ka pel’a hae mashala a tukang a mollo a hlena.+
14 Jehova a qala ho luma a le leholimong,+
Ea Phahameng ka ho Fetisisa a qala ho ntša lentsoe la hae.+
15 A ’na a romela metsu, e le hore a ka ba hasanya;+
A romela lehalima, e le hore a ka ba ferekanya.+
16 Likotopo tsa leoatle tsa bonahala,+
Metheo ea naha+ e behang ea apoloa,
Ka lebaka la khalemelo e matla ea Jehova, ka lebaka la pululo ea phefumoloho ea linko tsa hae.+
23 Etsoe liqeto tsohle tsa hae tsa boahloli+ li ka pel’a ka;
Nke ke ka kheloha litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng.+
26 Ho ea tšepahalang u tla etsa ka botšepehi;+
Ho ea se nang molato, ea matla, u tla sebetsa ka mokhoa o se nang molato;+
27 Ho ea ipolokang a hloekile u tla iponahatsa u hloekile,+
Ho ea khopameng u tla etsa joaloka leoatla.+
28 U tla pholosa batho ba ikokobelitseng;+
Empa mahlo a hao a khahlanong le ba ikhohomosang, e le hore u ka ba theolela tlaase.+
31 Ha e le Molimo oa ’nete, tsela ea hae e phethahetse;+
Polelo ea Jehova e hloekile.+
Ke thebe ho bohle ba tšabelang ho eena.+
33 Molimo oa ’nete ke qhobosheane+ ea ka e matla,
O tla etsa hore tsela ea ka e be e phethahetseng,+
34 A etse hore maoto a ka a be joaloka a likhama tse tšehali;+
O mpoloka ke eme libakeng tse mphahametseng.+
37 U tla fana ka sebaka se lekaneng bakeng sa mehato ea ka ka tlas’a ka;+
Ka sebele maqaqailana a ka a ke ke a tetema.+
39 Ke tla li felisa le ho li roba likoto,+ e le hore li se ke tsa tsoha;+
Li tla oela tlas’a maoto a ka.+
40 U tla ntlama ka mafolofolo bakeng sa ntoa;+
U tla etsa hore ba ntsohelang matla ba oele ka tlas’a ka.+
41 Ha e le lira tsa ka, ka sebele u tla mpha likotlo tsa tsona;+
Ba ntlhoileng haholo—le bona ke tla ba khutsisa.+
43 Ke tla ba tula hore ba thumisehe joaloka lerōle la lefatše;
Ke tla ba silakanya joaloka seretse sa literata;+
Ke tla ba otla hore ba tjapalle.
44 U tla mpholosa ho batho ba heso ba tšoaeang liphoso.+
U tla ntšireletsa hore ke be hlooho ea lichaba;+
Batho bao ke sa kang ka ba tseba—ba tla ntšebeletsa.+
48 Molimo oa ’nete ke Mofani oa liketso tsa phetetso ho ’na+
Le Ea lihang lichaba ka tlas’a ka,+
49 Le Ea ’ntšang ho lira tsa ka.+
U tla mphahamisetsa+ ka holim ’a ba ntsohelang matla;
U tla ntopolla ho monna oa liketso tse mabifi.+
50 Ke ka lebaka leo ke tla u leboha, Jehova, har’a lichaba;+
Ke tla binela lebitso la hao lipina tsa thoriso:+
51 Ea etsetsang morena oa hae liketso tse khōlō tsa poloko+
Le ea bontšang mosa o lerato ho motlotsuoa oa hae,+
Ho Davida le ho peō ea hae ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+
23 Ana ke mantsoe a ho qetela a Davida:+
“Se boleloang ke Davida mora oa Jese,+
Le se boleloang ke monna ea shahlileng ea ileng a phahamisetsoa holimo,+
Motlotsuoa+ oa Molimo oa Jakobo,
Le ea khahlehang oa lipina tsa thoriso+ tsa Iseraele.
3 Molimo oa Iseraele o itse,
Lefika la Iseraele le buile le ’na,+
‘Ha ea busang holim ’a moloko oa batho a lokile,+
A busa ka ho tšaba Molimo,+
4 Joale ho joaloka leseli la hoseng, ha letsatsi le chaba,+
Hoseng ho se nang maru.
Ho tloha khanyeng, ho tloha puleng, ho na le joang lefatšeng.’+
5 Etsoe na ntlo ea ka ha e joalo ho Molimo?+
Hobane ke selekane+ se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang seo a nkabetseng sona,
Se hlophisitsoeng hantle nthong e ’ngoe le e ’ngoe le se tiisitsoeng.+
Hobane ke sona poloko+ eohle ea ka le thabo eohle ea ka,
Na hase lebaka leo ka lona a tlang ho se hōlisa?+
6 Empa batho+ ba se nang molemo baa lelekoa,+ joaloka lihlahla tse meutloa,+ kaofela ha bona;
Etsoe ha baa lokela ho nkoa ka letsoho.
7 Ha motho a ba ama
O lokela hore ebe o hlometse ka ho feletseng ka tšepe le ka thekō ea lerumo,
Ba tla chesoa ka mollo ka ho feletseng.”+
8 Ana ke mabitso a banna ba matla+ bao e neng e le ba Davida: Joshebe-bashebethe+ Motakmone, hlooho ea ba bararo. O ne a tsoka lerumo la hae holim ’a ba makholo a robeli ba bolailoeng ka nako e le ’ngoe. 9 Pel’a hae e ne e le Eleazare+ mora oa Dodo+ mora oa Akoki ea neng a le har’a banna ba bararo ba matla ba nang le Davida ha ba ne ba nyelisa Bafilista. Ba ne ba bokane moo bakeng sa ntoa, kahoo banna ba Iseraele ba ikhula.+ 10 Ke eena ea ileng a ema ’me a ’na a bolaea Bafilista ho fihlela letsoho la hae le tepella ’me letsoho la hae le khomaretse sabole,+ hoo Jehova a ileng a tlisa poloko e khōlō letsatsing leo;+ ha e le batho, ba khutla ba mo setse morao hore feela ba e’o hlobolisa ba bolailoeng.+
11 Pel’a hae e ne e le Shama mora oa Age Moharare.+ Bafilista ba bokana Lehi, moo ka nako eo ho neng ho e-na le tšimo e tletseng lensisi;+ batho ba baleha ka lebaka la Bafilista. 12 Empa a ema har’a tšimo eaba oa e lopolla ’me a ’na a bolaea Bafilista, hoo Jehova a ileng a tlisa poloko e khōlō.+
13 Ba bararo ho ba mashome a mararo ba ka sehloohong+ ba theoha ’me ba tla ho Davida lehaheng la Adulame+ ha ho kotuloa; motsana oa litente oa Bafilista o ne o hlonngoe khohlong ea Barefaime.+ 14 Nakong eo Davida o ne a le sebakeng seo ho leng thata ho se atamela;+ nakong eo setsi se ka thōko sa sesole+ sa Bafilista se ne se le Bethlehema. 15 Ka mor’a nakoana Davida a bolela takatso ea hae ’me a re: “Hoja nka noa metsi a tsoang selibeng sa Bethlehema se hekeng!”+ 16 Eaba banna ba bararo ba matla ba kena ka mahahapa liahelong tsa Bafilista ’me ba kha metsi selibeng sa Bethlehema se hekeng ’me ba tla ba a nkile ba a tlisa ho Davida;+ ha aa ka a lumela ho a noa, empa a a qhalla+ fatše bakeng sa Jehova. 17 A tsoela pele ho re: “Ke ho sa utloahaleng,+ Jehova, hore ke etse sena! [Na ke tla noa] mali+ a banna ba tsamaeang ka ho beha meea ea bona kotsing?” Ha aa ka a lumela ho a noa.
Tsena ke lintho tseo banna bao ba bararo ba matla ba ileng ba li etsa.
18 Ha e le Abishai+ mor’abo Joabe mora oa Tseruja,+ e ne e le hlooho ea ba mashome a mararo, ’me o ne a tsoka lerumo la hae holim ’a ba makholo a mararo ba bolailoeng, ’me o ne a e-na le botumo bo tšoanang le ba bao ba bararo.+ 19 Le hoja a ne a hlaheletse esita le ho feta ba bang kaofela ba mashome a mararo, ’me e ile ea e-ba molaoli oa bona, ha aa ka a fihla boemong ba ba bararo ba pele.+
20 Ha e le Benaia+ mora oa Jehojada+ mora oa monna ea sebete, ea ileng a etsa liketso tse ngata Kabziele,+ a bolaea bara ba babeli ba Ariele oa Moabe; a theoha ’me a bolaela tau+ ka har’a sekoti sa metsi letsatsing la ha lehloa le khethehile.+ 21 Ke eena ea ileng a bolaea monna oa Moegepeta eo e neng e le oa boholo bo sa tloaelehang.+ Le hoja ho ne ho e-na le lerumo letsohong la Moegepeta, leha ho le joalo o ile a theohela ho eena ka molamu ’me a hloibila lerumo letsohong la Moegepeta eaba o mo bolaea ka lerumo la hae.+ 22 Benaia+ mora oa Jehojada a etsa lintho tsena; o ne a e-na le botumo bo tšoanang le ba banna bao ba bararo ba matla.+ 23 Le hoja a ne a hlaheletse esita le ho feta ba mashome a mararo, ha aa ka a fihla boemong ba bao ba bararo; empa Davida o ne a mo behile hore e be molebeli oa hae.+
24 Asahele+ mor’abo Joabe o ne a le har’a ba mashome a mararo; Elkanane+ mora oa Dodo oa Bethlehema, 25 Shama+ Moharode, Elika Moharode,26 Heleze+ Mopelete, Ira+ mora oa Ikeshe+ Motekooa, 27 Abi-ezere+ Moanathothe,+ Mebunai Mohushathe,+ 28 Zalmone Moakoki,+ Maharai+ Monetofa, 29 Helebe+ mora oa Baana Monetofa, Itai+ mora oa Ribai oa Gibea oa bara ba Benjamine, 30 Benaia+ Mopirathone, Hidai oa liphuleng tsa melapo e phoroselang tsa Gashe,+31 Abi-albone Moaraba, Azmavethe+ Mobare-hume, 32 Eliaba Moshalbone, bara ba Jashene, Jonathane,+ 33 Shama Moharare, Akiame+ mora oa Sharare Moharare, 34 Elifelete mora oa Ahasabai mora oa Momakathe, Eliame mora oa Akitofele+ Mogilone, 35 Hezro+ Mokarmele, Parai Moarabe, 36 Igale mora oa Nathane+ oa Zoba, Bani Mogade, 37 Zeleke+ Moammone, Naharai Mobeerothe, bajari ba lihlomo ba Joabe mora oa Tseruja, 38 Ira Moithere,+ Garebe+ Moithere, 39 Uria+ Mohethe—kaofela ba mashome a mararo a metso e supileng.
24 Bohale ba Jehova ba boela+ ba tukela Baiseraele, ha e mong a susumeletsa Davida khahlanong le bona, a re: “Tsamaea, u bale+ Baiseraele le Bajuda.” 2 Kahoo morena a re ho Joabe+ molaoli oa mabotho a sesole ea neng a e-na le eena: “Ka kōpo, pholletsa le meloko eohle ea Iseraele, ho tloha Dane ho ea Beerseba,+ le ngolise batho,+ ’me ka sebele ke tla tseba palo ea batho.”+ 3 Empa Joabe a re ho morena: “E se eka Jehova Molimo oa hao a ka eketsa batho ka makhetlo a lekholo ho feta kamoo ba leng kateng ha mahlo a khosi ea ka morena a ntse a bona hoo. Empa ha e le khosi ea ka morena, ke hobane’ng ha a khahliloe ke ntho ee?”+
4 Qetellong lentsoe la morena la hlōla+ Joabe le balaoli ba mabotho a sesole. Kahoo Joabe le balaoli ba mabotho a sesole ba tloha ka pel’a morena ho ea ngolisa+ batho ba Iseraele. 5 Joale ba tšela Jordane ’me ba hloma liahelo Aroere+ ka lehlakoreng le letona la motse o bohareng ba phula ea molapo o phoroselang, ho ella ho Bagade,+ le ho leba Jazere.+ 6 Ka mor’a moo ba tla Gileade+ le naheng ea Tatime-hodshi eaba ba tsoela pele ho ea Dane-jane ’me ba pota le Sidone.+ 7 Joale ba tla qhobosheaneng ea Tyre+ le metseng eohle ea Baheve+ le ea Bakanana ’me ba tla moeling o khaolang Negebe+ ea Juda Beerseba.+ 8 Kahoo ba pholletsa le naha eohle ’me ba fihla Jerusalema bofelong ba likhoeli tse robong le matsatsi a mashome a mabeli. 9 Joale Joabe a fa morena palo ea batho ba ngolisitsoeng;+ Baiseraele ea e-ba banna ba sebete ba tsomulang sabole ba likete tse makholo a robeli, ’me banna ba Juda e ne e le banna ba likete tse makholo a mahlano.+
10 Pelo ea Davida ea qala ho mo tšetšetha+ ka mor’a hore a bale batho joalo. Ka lebaka leo Davida a re ho Jehova: “Ke entse sebe+ haholo ka seo ke se entseng. Joale, Jehova, ka kōpo, e-re phoso ea mohlanka oa hao e fete;+ etsoe ke entse booatla bo boholo.”+ 11 Ha Davida a tsoha hoseng, lentsoe la Jehova la tla ho moprofeta Gade,+ ea bonang lipono+ bakeng sa Davida, la re: 12 “E-ea, ’me u re ho Davida, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Ke beha lintho tse tharo holim ’a hao.+ Ikhethele e ’ngoe ea tsona e le hore nka u etsa eona.”’”+ 13 Tumellanong le hoo Gade a kena ho Davida eaba oa mo bolella ’me o re ho eena:+ “Na u lokela ho tleloa ke lilemo tse supileng tsa tlala naheng ea hao,+ kapa likhoeli tse tharo tsa ho baleha ha hao ka pel’a bahanyetsi+ ba hao, ha ba u lelekisa, kapa ho be teng matsatsi a mararo a lefu la seoa naheng ea hao?+ Joale tseba ’me u bone seo ke tla se araba Ea nthomileng.” 14 Kahoo Davida a re ho Gade: “Ke mahlomoleng a maholo. Ka kōpo, e-re re oele letsohong la Jehova,+ etsoe mehauhelo+ ea hae e mengata; empa ke se ke ka oela letsohong la motho.”+
15 Joale Jehova a tlisa lefu la seoa+ Iseraele ho tloha hoseng ho fihlela nakong e behiloeng, hoo har’a batho ho tloha Dane ho ea Beerseba+ ho ileng ha shoa batho ba likete tse mashome a supileng.+ 16 Lengeloi+ la ’na la otlollela letsoho la lona Jerusalema hore le e felise; Jehova a qala ho ikutloa a soabile+ ka lebaka la tlokotsi eo, kahoo a re ho lengeloi le neng le tlisa pheliso har’a batho: “Ho lekane! Joale theola letsoho la hao.” Lengeloi la Jehova le ne le le haufi le seotlo sa Arauna+ Mojebuse.+
17 Davida a re ho Jehova, ha a bona lengeloi le neng le bolaea batho, e, a re: “Bona! ke ’na ea entseng sebe ’me ke ’na ea entseng phoso; empa linku+ tsee—li entse’ng? Ka kōpo, letsoho la hao le ke le tle holim ’a ka+ le holim ’a ntlo ea Ntate.”
18 Hamorao Gade a kena ho Davida letsatsing leo ’me a re ho eena: “Nyoloha, u hlomele Jehova aletare seotlong sa Arauna Mojebuse.”+ 19 Davida a qala ho nyoloha tumellanong le lentsoe la Gade, ho ea ka seo Jehova a neng a se laetse.+ 20 Ha Arauna a talima tlaase ’me a bona morena le bahlanka ba hae ba fetela ho eena, hang-hang Arauna a tsoa ’me a inamela+ morena sefahleho sa hae se shebile fatše.+ 21 Joale Arauna a re: “Ke hobane’ng ha khosi ea ka morena a tlile ho mohlanka oa hae?” Eaba Davida o re: “Ho tla reka+ ho uena seotlo bakeng sa ho hahela Jehova aletare, e le hore lefu la seoa+ le ka emisoa holim ’a batho.” 22 Empa Arauna a re ho Davida: “Khosi ea ka morena a ke a se+ nke ’me a nyehele se molemo mahlong a hae. Bona likhomo tsa nyehelo ea secheso le selei sa ho pola le lisebelisoa tsa likhomo bakeng sa patsi.+ 23 Ntho e ’ngoe le e ’ngoe, morena, Arauna o hlile o e fa morena.” Arauna a tsoela pele ho re ho morena: “E se eka Jehova Molimo oa hao a ka khahlisoa ke uena.”+
24 Leha ho le joalo, morena a re ho Arauna: “Che, empa ruri ke tla se reka ho uena ka theko;+ nke ke ka nyehela mahlabelo a secheso ho Jehova Molimo oa ka ntle ho tefo.”+ Ka lebaka leo Davida a reka+ seotlo seo le likhomo ka lishekele tsa silevera tse mashome a mahlano. 25 Davida a hahela Jehova aletare+ moo le ho nyehela mahlabelo a secheso le mahlabelo a kopanetsoeng, ’me Jehova a qala ho itumella hore a kōptjoe ka tieo+ bakeng sa naha, hoo lefu la seoa le ileng la emisoa Iseraele.