Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bi12 1 Marena 1:1-22:53
  • 1 Marena

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 1 Marena
  • Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
1 Marena

Ea Pele ea Marena

kapa, ho ea ka Septuagint ea Segerike, EA BORARO EA MARENA

1 Joale Morena Davida o ne a tsofetse,+ a se a ile lilemong; ba ne ba mo apesa liaparo, empa o ne a sa futhumale. 2 Kahoo bahlanka ba hae ba re ho eena: “E-re ba batle ngoanana, moroetsana,+ bakeng sa khosi ea ka morena, ’me o tla lokela ho sebeletsa+ morena, e le hore e ka ba mohlokomeli+ oa hae; o tla robala sefubeng+ sa hao, ’me ka sebele khosi ea ka morena o tla futhumala.”+ 3 Ba batla ngoanana e motle ho pholletsa le naha eohle ea Iseraele, ’me qetellong ba fumana Abishage+ Moshuneme+ eaba ba mo tlisa ho morena. 4 Ngoanana eo o ne a le motle ka ho fetisisa;+ ea e-ba mohlokomeli oa morena ’me a ’na a mo sebeletsa, ’me morena ha aa ka a kopanela liphate le eena.

5 Ka nako eo eohle Adonija+ mora oa Hagithe+ o ne a iphahamisa,+ a re: “Ke tla busa ke le morena!”+ A re a etsetsoe koloi e nang le banna ba lipere le banna ba mashome a mahlano ba mathang ka pel’a hae.+ 6 Ntat’ae ha aa ka a mo utloisa bohloko ka nako leha e le efe ka ho re: “Ke hobane’ng ha u entse ka tsela ee?”+ O ne a boetse a le sebōpeho se setle haholo,+ ’me ’m ’ae o ne a mo tsoetse ka mor’a Absalome. 7 A ba le litšebelisano le Joabe mora oa Tseruja le moprista Abiathare,+ ’me ba qala ho fana ka thuso e le balateli ba Adonija.+ 8 Ha e le moprista Tsadoke+ le Benaia+ mora oa Jehojada le moprofeta Nathane+ le Shimei+ le Rei le banna ba matla+ bao e neng e le ba Davida, ha baa ka ba ikamahanya+ le Adonija.

9 Qetellong Adonija a etsa sehlabelo+ sa linku le likhomo le liphoofolo tse nontšitsoeng haufi le lejoe la Zohelethe, le ka thōko ho Ene-rogele,+ ’me a qala ho mema barab’abo bohle le bara+ ba morena le banna bohle ba Juda bahlanka ba morena; 10 ha aa ka a mema moprofeta Nathane le Benaia le banna ba matla le Solomone mor’abo. 11 Joale Nathane+ a re ho Bathe-sheba,+ ’mè oa Solomone:+ “Na ha ua utloa hore Adonija mora oa Hagithe+ ke morena, ’me morena oa rōna Davida ha a tsebe ka hona ho hang? 12 Kahoo joale ka kōpo, tloo, e-re ke u eletse ka tieo.+ U pholose moea oa hao le moea oa mora oa hao Solomone.+ 13 E-ea u kene ho Morena Davida, ’me u re ho eena, ‘Na hase uena, khosi ea ka morena, ea ileng a hlapanyetsa lekhabunyane la hao, ua re: “Mora oa hao Solomone ke eena eo e tla ba morena ka mor’a ka, ’me ke eena ea tla lula teroneng ea ka”?+ Kahoo ke hobane’ng ha Adonija e le morena?’ 14 Bona! Ha u sa ntse u bua moo le morena, joale ke tla kena ka mor’a hao, ’me ka sebele ke tla tiisa mantsoe a hao.”+

15 Ka lebaka leo Bathe-sheba a kena ho morena ka kamoreng e ka hare,+ ’me morena o ne a tsofetse+ haholo, ’me Abishage+ Moshuneme o ne a sebeletsa morena. 16 Joale Bathe-sheba a inama ’me a itihela fatše ka sefahleho+ ho morena, ka mor’a moo morena a re: “Ke’ng seo u se kōpang?”+ 17 A re ho eena: “Moren ’a ka,+ ke uena ea ileng a hlapanyetsa lekhabunyane la hao ka Jehova Molimo oa hao, ‘Mora oa hao Solomone ke eena eo e tla ba morena ka mor’a ka, ’me ke eena ea tla lula teroneng+ ea ka.’ 18 Joale, bona! Adonija+ ke morena, ’me joale khosi ea ka morena ha a tsebe ka hona ho hang.+ 19 Kahoo o entse mahlabelo ka likhomo le liphoofolo tse nontšitsoeng le linku tse ngata haholo ’me a mema bara bohle ba morena+ le moprista Abiathare+ le Joabe+ molaoli oa lebotho; empa ha aa mema+ mohlanka oa hao Solomone. 20 Khosi ea ka morena—mahlo+ a Baiseraele bohle a talimile ho uena, ho ba bolella hore na ke mang ea tla lula teroneng ea khosi ea ka morena ka mor’a hae.+ 21 Ka sebele etlare hang ha khosi ea ka morena a robala le baholo-holo+ ba hae, ka sebele ’na hammoho le mora oa ka Solomone re tla ba batlōli.”

22 Bonang! Ha a sa ntse a bua le morena, moprofeta Nathane a kena.+ 23 Hang-hang ba bolella morena, ba re: “Moprofeta Nathane ke enoa!” Ka mor’a moo a kena ka pel’a morena ’me a khumamela morena sefahleho sa hae se shebile fatše.+ 24 Joale Nathane a re: “Khosi ea ka morena, na u itse, ‘Adonija ke eena eo e tla ba morena ka mor’a ka, ’me ke eena ea tla lula teroneng ea ka’?+ 25 Etsoe kajeno o theohile e le hore a ka etsa sehlabelo+ ka lipoho le liphoofolo tse nontšitsoeng le linku tse ngata haholo le hore a ka mema bara bohle ba morena le balaoli ba lebotho le moprista Abiathare;+ bona! ba ntse ba ja le ho noa ka pel’a hae ’me ba ntse ba re, ‘Morena Adonija a ke a phele!’+ 26 Empa ha e le ’na mohlanka oa hao, ’na le moprista Tsadoke+ le Benaia+ mora oa Jehojada le mohlanka oa hao Solomone ha aa re mema.+ 27 Haeba ntho ena e tsoa ho khosi ea ka morena, joale ha ua tsebisa+ mohlanka oa hao hore na ke mang ea lokelang ho lula teroneng ea khosi ea ka morena ka mor’a hae.”

28 Joale Morena Davida a araba a re: “Mpitsetseng Bathe-sheba.”+ Eaba o kena ka pel’a morena ’me o ema ka pel’a morena. 29 Morena a hlapanya+ ’me a re: “Ka Jehova ea phelang+ ea lopolotseng+ moea+ oa ka mahlomoleng ’ohle,+ 30 feela joalokaha ke u hlapanyelitse ka Jehova Molimo oa Iseraele, ka re, ‘Mora oa hao Solomone ke eena eo e tla ba morena ka mor’a ka, ’me ke eena ea tla lula teroneng ea ka sebakeng sa ka!’ ke tsela eo ke tla etsa ka eona letsatsing lena.”+ 31 Joale Bathe-sheba a inamela fatše ka sefahleho eaba o khumamela+ morena ’me o re: “Khosi ea ka Morena Davida a ke a phele ho isa nakong e sa lekanyetsoang!”+

32 Kapele-pele Morena Davida a re: “Mpitsetseng moprista Tsadoke+ le moprofeta Nathane le Benaia+ mora oa Jehojada.” Kahoo ba kena ka pel’a morena. 33 Morena a tsoela pele ho re ho bona: “Nkang bahlanka+ ba morena oa lōna, le palamise mora oa ka Solomone ’moulo oa ka+ o motšehali ’me le mo ise Gihone.+ 34 Moprista Tsadoke le moprofeta Nathane ba tla mo tlotsetsa+ moo hore e be morena oa Iseraele; le letse lenaka+ ’me le re, ‘Morena Solomone a ke a phele!’+ 35 Le nyolohe le mo latela, ’me o tla kena a lule teroneng ea ka; e tla ba morena sebakeng sa ka, ’me ke tla lokela ho mo beha hore e be moeta-pele oa Iseraele le oa Juda.” 36 Hang-hang Benaia mora oa Jehojada a araba morena ’me a re: “Amen!+ E se eka Jehova Molimo oa khosi ea ka morena a ka bua tjena.+ 37 Feela joalokaha Jehova a bile le khosi ea ka morena,+ ka ho tšoanang a ke a be le Solomone,+ ’me e se eka a ka etsa hore terone ea hae e be khōlō+ ho feta terone ea khosi ea ka Morena Davida.”

38 Moprista Tsadoke+ le moprofeta Nathane+ le Benaia+ mora oa Jehojada le Bakerethe+ le Bapelethe+ ba theoha ’me ba palamisa Solomone ’moulo o motšehali oa Morena Davida,+ joale ba mo tlisa Gihone.+ 39 Joale moprista Tsadoke a nka lenaka la oli+ ka tenteng+ ’me a tlotsa+ Solomone; ba qala ho letsa lenaka, ’me batho bohle ba tleroha ba re: “Morena Solomone a ke a phele!”+ 40 Ka mor’a moo batho bohle ba nyoloha ba mo latela, ’me batho ba ne ba letsa makolilo+ ba thabile ka nyakallo e khōlō,+ hoo lefatše+ le ileng la petsoha ke lerata la bona.

41 Adonija le bohle ba memiloeng ba neng ba e-na le eena ba utloa hoo, ha ba qetile ho ja.+ Ha Joabe a utloa molumo oa lenaka, hang-hang a re: “Lerata la motse o tletseng moferefere+ le bolela’ng?” 42 Ha a sa ntse a bua, bonang! Jonathane+ mora oa moprista Abiathare a fihla. Joale Adonija a re: “Kena, etsoe u monna ea sebete, ’me u tlisa litaba tse molemo.”+ 43 Empa Jonathane a araba ’me a re ho Adonija: “Che! Khosi ea rōna Morena Davida o entse Solomone morena.+ 44 Kahoo morena o rometse moprista Tsadoke le moprofeta Nathane le Benaia mora oa Jehojada le Bakerethe le Bapelethe hammoho le eena, eaba ba mo palamisa ’moulo o motšehali oa morena.+ 45 Joale moprista Tsadoke le moprofeta Nathane ba mo tlotsa hore e be morena+ Gihone; ka mor’a moo ba nyoloha moo ba thabile, ’me motse o tletse moferefere. Ke lona lerata leo le le utloileng.+ 46 Ntle ho moo, Solomone o lutse teroneng ea borena.+ 47 Ntho e ’ngoe ke hore bahlanka ba morena ba kene ho tla lakaletsa khosi ea rōna Morena Davida katleho, ba re, ‘E se eka Molimo oa hao a ka etsa hore lebitso la Solomone le be letle ho feta lebitso la hao, ’me e se eka a ka etsa hore terone ea hae e be khōlō ho feta ea hao!’+ Eaba morena o inama holim ’a bethe.+ 48 Hape sena ke seo morena a ileng a se bolela, ‘Ho bokoe+ Jehova Molimo oa Iseraele, eo kajeno a faneng ka ea tla lula teroneng ea ka, mahlo a ka a bona seo!’”+

49 Bohle ba memiloeng ba neng ba e-na le Adonija ba qala ho thothomela ’me ba ema eaba e mong le e mong oa tsamaea.+ 50 Adonija o ne a tšohile ka lebaka la Solomone. Kahoo a ema ’me a tsamaea eaba o tšoara manaka a aletare.+ 51 Ka mor’a nako ha tlaleheloa Solomone, ha thoe: “Bona! Adonija o tšaba Morena Solomone; bona! o tšoere manaka a aletare, o re, ‘E-reng Morena Solomone pele ho tsohle a ntlhapanyetse hore a ke ke a bolaea mohlanka oa hae ka sabole.’” 52 Eaba Solomone o re: “Haeba e tla ba monna ea sebete, ha ho qoba le e ’ngoe ea moriri+ oa hae e tla oela fatše; empa haeba ho hobe ho ka fumanoa ho eena,+ o tla lokela ho shoa.”+ 53 Kahoo Morena Solomone a romeletsa ’me ba mo theola aletareng. Joale a kena ’me a inamela Morena Solomone; ka mor’a moo Solomone a re ho eena: “E-ea ntlong ea hao.”+

2 Butle-butle matsatsi a hore Davida a shoe+ a ’na a atamela; a laela mora oa hae Solomone, a re: 2 “Ke tsamaea ka tsela ea lefatše lohle,+ u be matla+ ’me u be monna.+ 3 U boloke tlamo ho Jehova Molimo oa hao ka ho tsamaea litseleng tsa hae,+ ka ho boloka litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng, litaelo tsa hae le liqeto tsa hae tsa boahloli+ le bopaki ba hae, ho ea ka se ngotsoeng molaong oa Moshe,+ e le hore u ka etsa ka bohlale nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang le hohle moo u retelehelang teng; 4 e le hore Jehova a ka phetha lentsoe leo a le buileng mabapi le ’na,+ ha a re, ‘Haeba bara+ ba hao ba tla hlokomela tsela ea bona ka ho tsamaea+ ka pel’a ka ka ’nete+ ka lipelo+ tsohle tsa bona le ka moea oohle oa bona, ha ho motho oa hao ea tla tlosoa hore a se ke a lula teroneng ea Iseraele.’+

5 “Le uena u tseba hantle seo Joabe mora oa Tseruja a nkentseng+ sona ka seo a se entseng ho balaoli ba babeli ba mabotho a Iseraele, ho Abnere+ mora oa Nere le Amasa+ mora oa Jethere,+ ha a ne a ba bolaea ’me a tšolla mali+ a ntoa nakong ea khotso ’me a tšela lebanta la hae le neng le le lethekeng la hae ka mali a ntoa le meqathatso ea hae eo a neng a e roetse maotong. 6 U etse tumellanong le bohlale+ ba hao, u se ke ua lumella moriri oa hae o moputsoa hore o theohele Sheole+ ka khotso.+

7 “U lokela ho bontša mosa o lerato ho bara ba Barzilai+ Mogileade, ’me ba be har’a ba jang tafoleng+ ea hao; kaha ke tsela eo ba ileng ba atamela+ ho ’na ka eona ha ke ne ke baleha ka pel’a mor’eno Absalome.+

8 “Bona! Shimei+ mora oa Gera Mobenjamine ea tsoang Bahurime+ o na le uena, ’me ke eena ea ileng a nthohaka ka thohako+ e bohloko letsatsing leo ke neng ke e-ea Mahanaime+ ka lona; ke eena ea ileng a theoha ho tla nkhahlanyetsa Jordane,+ hoo ke ileng ka mo hlapanyetsa ka Jehova, ka re, ‘Nke ke ka u bolaea ka sabole.’+ 9 Joale u se ke ua mo tlohela a sa fuoe kotlo,+ etsoe u monna ea bohlale+ ’me u tseba hantle seo u tšoanelang ho mo etsa sona, ’me u theolele moriri oa hae o moputsoa+ Sheole ka mali.”+

10 Joale Davida a robala le baholo-holo+ ba hae ’me a patoa Motseng oa Davida.+ 11 Matsatsi ao Davida a neng a busitse Iseraele ka ’ona e ne e le lilemo tse mashome a mane.+ O ne a busitse Hebrone+ ka lilemo tse supileng,+ ’me o ne a busitse Jerusalema ka lilemo tse mashome a mararo a metso e meraro.+

12 Ha e le Solomone, a lula teroneng ea ntat’ae Davida;+ butle-butle borena ba hae ba tiisoa ka thata.+

13 Ka mor’a nako Adonija mora oa Hagithe a tla ho Bathe-sheba,+ ’mè oa Solomone. Bathe-sheba a re: “Na u tlile ka khotso?”+ eena a re: “Ke tlile ka khotso.” 14 A tsoela pele ho re: “Ho na le taba eo ke nang le eona bakeng sa hao.” Kahoo Bathe-sheba a re: “Bua.”+ 15 Adonija a tsoela pele: “U tseba hantle hore borena e ne e lokela ho ba ba ka, ’me Baiseraele bohle ba ne ba talimile ho ’na hore ke be morena;+ empa borena ba fetoha ’me ea e-ba ba mor’eso, kaha e bile ba hae ho tsoa ho Jehova.+ 16 Joale ho na le kōpo e le ’ngoe eo ke e etsang ho uena. U se ke ua nteleka.”+ Tumellanong le hoo a re ho eena: “Bua.” 17 A tsoela pele ho re: “Ka kōpo, bolella morena Solomone (etsoe a ke ke a u leleka) hore a mphe Abishage+ Moshuneme+ hore e be mosali oa ka.” 18 Eaba Bathe-sheba o re: “Ho lokile! Ke tla u buella ho morena.”

19 Kahoo Bathe-sheba a kena ho Morena Solomone ho tla buella Adonija ho eena.+ Hang-hang morena a ema+ ho mo khahlanyetsa ’me a mo inamela.+ Joale a lula teroneng ea hae ’me a re ho behoe terone bakeng sa ’mè oa morena, e le hore a ka lula ka lehlakoreng la hae le letona.+ 20 A re: “Ho na le kōpo e le ’ngoe e nyenyane eo ke e etsang ho uena. U se ke ua nteleka.” Kahoo morena a re ho eena: “E etse, ’Mè; etsoe nke ke ka u leleka.” 21 A tsoela pele ho re: “E-re Abishage Moshuneme a fuoe mor’eno Adonija hore e be mosali oa hae.” 22 Morena Solomone a araba a re ho ’m ’ae: “Ke hobane’ng ha u kōpela Adonija Abishage Moshuneme? Ka ho tšoanang mo kōpele le borena+ (hobane ke moholoane oa ka),+ eena le moprista Abiathare+ le Joabe+ mora oa Tseruja.”+

23 Morena Solomone a hlapanya ka Jehova, a re: “E se eka Molimo a ka nketsa joalo, ’me e se eka a ka ekelletsa ho seo,+ haeba Adonija ha aa bua ntho ena khahlanong le moea oa hae.+ 24 Joale, ka Jehova ea phelang+ ea ntiisitseng+ ka thata ’me a mpoloka ke lutse teroneng ea Ntate Davida+ le ea nketselitseng ntlo+ feela joalokaha a boletse,+ kajeno Adonija o tla bolaoa.”+ 25 Kapele-pele Morena Solomone a romeletsa ka Benaia+ mora oa Jehojada; eaba oa mo futuhela, hoo a ileng a shoa.+

26 Morena a re ho moprista Abiathare:+ “E-ea Anathothe+ masimong a hao! Etsoe u tšoaneloa ke lefu;+ empa nke ke ka u bolaea letsatsing lena, hobane u ile ua jara areka ea ’Musi Morena Jehova+ ka pel’a Ntate Davida,+ le kahobane u ile ua ba mahlorehong nakong eohle eo ka eona Ntate a neng a le mahlorehong.”+ 27 Kahoo Solomone a leleka Abiathare ho sebeletseng e le moprista oa Jehova, ho phethahatsa lentsoe la Jehova leo a neng a le buile khahlanong le ntlo ea Eli+ Shilo.+

28 Tlaleho eo ea fihla ho Joabe+—etsoe Joabe o ne a batla ho latela Adonija,+ le hoja a ne a sa ka a batla ho latela+ Absalome—Joabe a balehela tenteng+ ea Jehova ’me a qala ho tšoara manaka a aletare ka tieo.+ 29 Joale Morena Solomone a bolelloa: “Joabe o balehetse tenteng ea Jehova, ’me bonang! o ka thōko ho aletare.” Kahoo Solomone a romela Benaia mora oa Jehojada, a re: “E-ea, u mo futuhele!”+ 30 Ka lebaka leo Benaia a tla tenteng ea Jehova ’me a re ho eena: “Sena ke seo morena a se boletseng, ‘Tsoa!’” Empa a re: “Che! Etsoe mona+ ke moo ke tla shoela teng.” Eaba Benaia o khutlisetsa lentsoe ho morena, o re: “Sena ke seo Joabe a se buileng, ’me sena ke seo a nkarabetseng sona.” 31 Joale morena a re ho eena: “Etsa feela joalokaha a buile ’me u mo futuhele; u mo pate ’me u tlose ho ’na le ntlong ea Ntate mali+ a tšolotsoeng ka ho sa tšoanelang ao Joabe a a tšolotseng.+ 32 Ka sebele Jehova o tla khutlisetsa mali a hae holim ’a hlooho ea hae,+ hobane o ile a futuhela banna ba babeli ba lokileng le ba molemo ho mo feta,+ ’me a ba bolaea ka sabole, ha Ntate Davida a ne a sa tsebe ka hona,+ e leng, Abnere+ mora oa Nere molaoli oa lebotho la Iseraele+ le Amasa+ mora oa Jethere molaoli oa lebotho la Juda.+ 33 Mali a bona a tla khutlela holim ’a hlooho ea Joabe le holim ’a lihlooho tsa bana ba hae ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+ empa bakeng sa Davida+ le bakeng sa bana ba hae le bakeng sa ntlo ea hae le bakeng sa terone ea hae ho tla ba le khotso e tsoang ho Jehova ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+ 34 Joale Benaia mora oa Jehojada a nyoloha+ ’me a mo futuhela eaba oa mo bolaea;+ a patoa ntlong ea hae lefeelleng. 35 Ka mor’a moo morena a beha Benaia+ mora oa Jehojada hore a okamele lebotho sebakeng sa hae;+ morena a beha moprista Tsadoke sebakeng sa Abiathare.+

36 Qetellong morena a romeletsa ’me a bitsa Shimei+ a re ho eena: “Ikahele ntlo Jerusalema, u lule moo ’me u se ke ua tsoa moo ho ea sebakeng sena le sane. 37 Letsatsing leo u tsoang ka lona ’me u feta phuleng ea molapo o phoroselang ea Kidrone,+ ruri u tsebe hore ka sebele u tla shoa.+ Molato oa mali bakeng sa hao o tla ba holim ’a hlooho ea hao.”+ 38 Shimei a re ho morena: “Lentsoe leo le molemo. Feela joalokaha khosi ea ka morena a buile ke tsela eo mohlanka oa hao a tla etsa ka eona.” Shimei a ’na a lula Jerusalema ka matsatsi a mangata.

39 Eitse bofelong ba lilemo tse tharo makhoba+ a mabeli a Shimei a balehela ho Akishe+ mora oa Maaka morena oa Gathe;+ batho ba tla ho tla bolella Shimei, ba re: “Bona! Makhoba a hao a Gathe.” 40 Kapele-pele Shimei a ema ’me a qhaneha esele ea hae eaba o ea Gathe ho Akishe ho ea batla makhoba a hae; ka mor’a moo Shimei a tsamaea ’me a tlisa makhoba a hae ho tsoa Gathe. 41 Joale Solomone a bolelloa: “Shimei o tsoile Jerusalema ho ea Gathe ’me o khutlile.” 42 Eaba morena oa romeletsa ’me o bitsa+ Shimei o re ho eena: “Na ha kea ka ka u hlapantša ka Jehova e le hore nka u lemosa,+ ka re, ‘Ka letsatsi leo u tsoelang ka ntle ’me u e-ea mona le mane ruri u tsebe hore ka sebele u tla shoa,’ kahoo na ha ua ka ua re ho ’na, ‘Lentsoe leo ke le utloileng le molemo’?+ 43 Joale, ke hobane’ng ha u sa ka ua boloka kano ea Jehova+ le taelo eo ke u laetseng eona ka tieo?”+ 44 Morena a tsoela pele ho re ho Shimei: “Ka sebele u tseba sohle se kotsi seo pelo ea hao e se tsebang hantle seo u se entseng ho Ntate Davida;+ ka sebele Jehova o tla khutlisetsa holim ’a hlooho ea hao se kotsi se entsoeng ke uena.+ 45 Empa Morena Solomone o tla hlohonolofatsoa,+ ’me terone ea Davida e tla tiisoa ka thata ka pel’a Jehova ka ho sa feleng.”+ 46 Morena a laela Benaia mora oa Jehojada, eo nakong eo a ileng a tsoa ’me a mo futuhela, hoo a ileng a shoa.+

’Muso oa tiisoa ka thata letsohong la Solomone.+

3 Solomone a etsa selekane+ sa lenyalo le Faro morena oa Egepeta ’me a nka morali+ oa Faro a mo tlisa Motseng oa Davida,+ ho fihlela a qetile ho haha ntlo+ ea hae le ntlo ea Jehova+ le lerako la Jerusalema ho pota-pota ka hohle.+ 2 Ke sechaba feela se neng se etsa mahlabelo libakeng tse phahameng,+ kaha ntlo e ne e e-s’o haheloe lebitso la Jehova ho fihlela matsatsing ao.+ 3 Solomone a tsoela pele ho rata+ Jehova ka ho tsamaea litaelong tse hlomamisitsoeng tsa ntat’ae Davida.+ Ke libakeng tse phahameng+ feela moo a neng a etsa mahlabelo kamehla ’me a etsa hore linyehelo li kubelle.

4 Ka lebaka leo morena a ea Gibeone+ ho ea etsa sehlabelo moo, kaha seo e ne e le sebaka se seholo se phahameng.+ Solomone a nyehela mahlabelo a secheso a sekete holim ’a aletare eo.+ 5 Jehova a hlaha+ ho Solomone torong+ bosiu Gibeone; Molimo a re: “Kōpa seo ke lokelang ho u fa sona.”+ 6 Solomone a re: “U bontšitse mosa o lerato+ o moholo ho mohlanka oa hao Ntate Davida ho ea kamoo a tsamaileng kateng ka pel’a hao ka ’nete le ka ho loka+ le ka pelo e lokileng; u ile ua tsoela pele ho mo bolokela mosa ona o lerato o moholo, hoo u ileng ua mo fa mora hore a lule teroneng ea hae joaloka letsatsing lena.+ 7 Joale, Jehova Molimo oa ka, u entse mohlanka oa hao morena sebakeng sa Ntate Davida, ’me ke sa le moshanyana.+ Ha ke tsebe ho tsoa le ho kena.+ 8 Mohlanka oa hao o ka har’a sechaba sa hao seo u se khethileng,+ sechaba se sengata haholo se ke keng sa lekanngoa kapa sa baloa ka bongata.+ 9 U fe mohlanka oa hao pelo e mamelang hore a ahlole+ sechaba sa hao, ho lemoha pakeng tsa botle le bobe;+ etsoe ke mang ea khonang ho ahlola+ sechaba see sa hao se thata?”+

10 Ntho eo ea khahlisa mahlong a Jehova, hobane Solomone o ne a kōpile ntho ena.+ 11 Molimo a tsoela pele ho re ho eena: “Ka lebaka la hore u kōpile ntho ena ’me ha ua ikōpela matsatsi a mangata leha e le ho ikōpela maruo+ kapa ua kōpa moea oa lira tsa hao, ’me u ikōpetse kutloisiso hore u utloe linyeoe tsa boahloli,+ 12 bona! ka sebele ke tla etsa tumellanong le mantsoe a hao.+ Bona! Ka sebele ke tla u fa pelo e bohlale le e nang le kutloisiso,+ hoo ho seng ea tšoanang le uena ea bileng teng pele ho uena, ’me ka mor’a hao ho ke ke ha hlaha ea tšoanang le uena.+ 13 Ke tla u fa le seo u sa se kōpang,+ maruo+ le khanya, hoo ho tla beng ho sa ka ha e-ba leha e le ofe har’a marena ea tšoanang le uena, ka matsatsi ’ohle a hao.+ 14 Haeba u tla tsamaea litseleng tsa ka ka ho boloka melao ea ka ea tsamaiso+ le litaelo tsa ka, feela joalokaha ntat’ao Davida a tsamaile,+ ke tla boela ke lelefatse matsatsi a hao.”+

15 Ha Solomone a tsoha,+ bonang! e ne e le toro. Joale a fihla Jerusalema ’me a ema ka pel’a areka+ ea selekane sa Jehova eaba o nyehela mahlabelo a secheso ’me o etsa linyehelo tse kopanetsoeng+ eaba o lokisetsa bahlanka+ bohle ba hae mokete.+

16 Nakong eo basali ba babeli, ba matekatse,+ ba kena ho morena ’me ba ema ka pel’a hae.+ 17 Joale mosali e mong a re: “Ntšoarele, moren ’a ka,+ ’na le mosali enoa re lula ka tlung e le ’ngoe, hoo ke ileng ka belehela haufi le eena ka tlung. 18 Eitse ka letsatsi la boraro ka mor’a hore ke belehe, mosali enoa le eena a beleha. Re ne re le hammoho. Ho ne ho se e mong osele ea nang le rōna ka tlung, ho se e mong haese rōna re le babeli ka tlung. 19 Hamorao mora oa mosali enoa a shoa bosiu, hobane o ile a robala holim ’a hae. 20 Kahoo a tsoha har’a bosiu ’me a nka mora oa ka ka thōko ho ’na ha lekhabunyane la hao le ntse le robetse ’me a mo beha sefubeng sa hae, eaba o beha mora oa hae ea shoeleng sefubeng sa ka. 21 Ha ke tsoha hoseng ho anyesa+ mora oa ka, o ne a shoele. Kahoo ka mo hlahlobisisa hoseng, ’me, bona! e ne e se mora oa ka eo ke neng ke mo tsoetse.” 22 Empa mosali e mong a re: “Che, empa mora oa ka ke ea phelang ’me mora oa hao ke ea shoeleng!” Nakong eo eohle mosali enoa o ne a re: “Che, empa mora oa hao ke ea shoeleng ’me mora oa ka ke ea phelang.” Ba ’na ba tsoela pele ho bua ka pel’a morena.+

23 Qetellong morena a re: “Enoa o re, ‘Enoa ke mora oa ka, ea phelang, ’me mora oa hao ke ea shoeleng!’ le eane o re, ‘Che, empa mora oa hao ke ea shoeleng ’me mora oa ka ke ea phelang!’” 24 Morena a tsoela pele ho re:+ “Mphumaneleng sabole.” Kahoo ba tlisa sabole ka pel’a morena. 25 Morena a re: “Arolang ngoana ea phelang ka lehare ’me le fane ka halofo e ’ngoe ho mosali e mong le halofo e ’ngoe ho mosali e mong.” 26 Hang-hang mosali eo mora ea phelang e neng e le oa hae a re ho morena (kaha maikutlo+ a hae a ne a phahame mabapi le mora oa hae,+ hoo a ileng a re): “Ntšoarele,+ moren ’a ka! Mo feng ngoana ea phelang. Ho hang le se ke la mo bolaea.” Nakong eo eohle mosali enoa e mong o ne a re: “E ke ke ea e-ba oa ka kapa oa hao. Mo aroleng!”+ 27 Eaba morena oa araba o re: “Mo feng ngoana ea phelang, ’me ho hang le se ke la mo bolaea. Ke ’m ’ae.”

28 Baiseraele bohle ba utloa ka qeto ea boahloli+ eo morena a neng a e fetisitse; ba tšoha ka lebaka la morena,+ kaha ba ne ba bone hore bohlale+ ba Molimo bo ho eena hore a phethise qeto ea boahloli.

4 Morena Solomone a tsoela pele e le morena oa Baiseraele bohle.+ 2 Tsena ke likhosana+ tseo a neng a e-na le tsona: Azaria mora oa moprista Tsadoke;+ 3 Elihorefe le Akija, bara ba Shisha, bangoli;+ Josafate+ mora oa Akilude, motlalehi; 4 Benaia+ mora oa Jehojada o ne a okametse lebotho,+ ’me Tsadoke le Abiathare+ e ne e le baprista; 5 Azaria mora oa Nathane+ o ne a okametse matona, ’me Zabude mora oa Nathane e ne e le moprista, motsoalle+ oa morena; 6 Akishare o ne a okametse lelapa, ’me Adonirame+ mora oa Abda, a okametse ba ngolisitsoeng bakeng sa mosebetsi o qobelloang.+

7 Solomone o ne a e-na le matona a leshome le metso e ’meli a okametseng Baiseraele bohle, ’me a ne a fa morena le ba ntlo ea hae lijo. Ho ne ho e-ba matleng a le leng le le leng ho fana ka lijo ka khoeli e le ’ngoe ka selemo.+ 8 Ana ke mabitso a ’ona: Mora oa Hure, sebaka se lithaba sa Efraime;+ 9 mora oa Dekere, Makaze le Shalbime+ le Bethe-shemeshe+ le Elone-bethe-hanane; 10 mora oa Hesede, Arubothe (o ne a e-na le Soko le naha eohle ea Hefere);+ 11 mora oa Abinadabe, letsoapo lohle la Dore+ (Tafathe, morali oa Solomone, ea e-ba mosali oa hae); 12 Baana mora oa Akilude, Tanake+ le Megido+ le Bethe-sheane eohle,+ e leng ka thōko ho Zarthane+ tlas’a Jezriele,+ ho tloha Bethe-sheane ho ea Abele-mehola+ ho ea sebakeng sa Jokmeame;+13 mora oa Gebere, Ramothe-gileade+ (o ne a e-na le metsana ea litente ea Jaire+ mora oa Manase, e Gileade;+ o ne a e-na le sebaka sa Argobe,+ se Bashane:+ metse e meholo e mashome a tšeletseng e nang le marako le mekoallo ea koporo); 14 Akinadabe mora oa Ido, Mahanaime;+ 15 Akimaze, Nefthali+ (le eena, a nka Basmathe, morali oa Solomone, hore e be mosali oa hae);+ 16 Baana mora oa Hushai, Ashere+ le Bealothe; 17 Josafate mora oa Parua, Isakare;+ 18 Shimei+ mora oa Ela, Benjamine;+ 19 Gebere mora oa Uri, naha ea Gileade,+ naha ea Sihone+ morena oa Baamore,+ le ea Oge+ morena oa Bashane,+ ’me ho ne ho e-na le letona le le leng le okametseng matona a mang kaofela a neng a le naheng.

20 Bajuda le Baiseraele ba ne ba le bangata, joaloka lehlabathe le haufi le leoatle ka bongata,+ ba ja ba noa ’me ba thabile.+

21 Ha e le Solomone, ea e-ba ’musi oa mebuso eohle ho tloha Nōkeng+ ho ea naheng ea Bafilista le ho ea moeling oa Egepeta. Ba ne ba tlisa limpho ’me ba sebeletsa Solomone ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae.+

22 Lijo tsa Solomone bakeng sa letsatsi le leng le le leng kamehla e ne e le litekanyo tsa kore+ tse mashome a mararo tsa phofo e thumisehileng le litekanyo tsa kore tse mashome a tšeletseng tsa phofo, 23 likhomo tse nonneng tse leshome le likhomo tse tsoang lekhulong tse mashome a mabeli le linku tse lekholo, ntle ho likhama+ tse tona le litšephe+ le matsa le bo-mauoaneng ba nontšitsoeng. 24 Etsoe o ne a behile ka tlas’a hae ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka lehlakoreng lena la Nōka,+ ho tloha Tifsa ho ea Gaza,+ esita le marena ’ohle ka lehlakoreng lena la Nōka;+ a ba le khotso+ sebakeng se seng le se seng sa hae, ka hohle. 25 Bajuda+ le Baiseraele ba lula ba sireletsehile,+ e mong le e mong tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga,+ ho tloha Dane ho ea Beerseba,+ ka matsatsi ’ohle a Solomone.

26 Solomone a ba le litala tsa lipere+ tse likete tse mashome a mane bakeng sa likoloi+ tsa hae le banna ba lipere ba likete tse leshome le metso e ’meli.

27 Matona+ ana a ne a fa Morena Solomone lijo le e mong le e mong ea atamelang tafoleng ea Morena Solomone, le leng le le leng ka khoeli ea lona. Ha aa ka a siea letho le haella. 28 A ’na a tlisa harese le joang sebakeng sefe kapa sefe bakeng sa lipere+ le bakeng sa lipere tse qhanehiloeng, le leng le le leng ho ea ka seo le se laetsoeng.+

29 Molimo a tsoela pele ho fa Solomone bohlale+ le kutloisiso+ ka tekanyo e khōlō haholo le pelo e pharaletseng,+ joaloka lehlabathe le lebōpong la leoatle.+ 30 Bohlale ba Solomone bo ne bo le boholo+ ho feta bohlale ba baahi bohle ba Bochabela+ le ho feta bohlale bohle ba Egepeta.+ 31 O ne a le bohlale ho feta motho leha e le ofe e mong, ho feta Ethane+ Moezra le Hemane+ le Kalkole+ le Darda bara ba Mahole; botumo ba hae ba e-ba lichabeng tsohle ka hohle.+ 32 O ne a khona ho bua maele+ a likete tse tharo, ’me lipina+ tsa hae tsa e-ba sekete le metso e mehlano. 33 O ne a bua ka lifate, ho tloha ka kedare e Lebanone+ ho ea ho hysopa+ e tsoang lerakong; o ne a bua ka liphoofolo+ le ka libōpuoa tse fofang+ le ka lintho tse tsamaeang+ le ka litlhapi.+ 34 Ba ’na ba tla ho tsoa lichabeng tsohle ho tla utloa bohlale+ ba Solomone, esita le ho tsoa mareneng ’ohle a lefatše a neng a utloile ka bohlale+ ba hae.

5 Hirame+ morena oa Tyre+ a romela bahlanka+ ba hae ho Solomone, kaha o ne a utloile hore ke eena eo ba neng ba mo tlotsitse hore e be morena sebakeng sa ntat’ae; etsoe kamehla Hirame o ’nile a rata Davida.+ 2 Solomone le eena a romeletsa ho Hirame, a re:+ 3 “U tseba hantle hore Ntate Davida ha aa ka a khona ho hahela lebitso la Jehova Molimo oa hae ntlo ka lebaka la ntoa+ eo ba neng ba mo lika-likelitse ka eona, ho fihlela Jehova a ba beha tlas’a bohato ba maoto a hae. 4 Joale Jehova Molimo oa ka o mphile phomolo ka hohle.+ Ha ho na mohanyetsi, ’me ha ho letho le lebe le etsahalang.+ 5 Bona! ke nahana ho hahela lebitso la Jehova Molimo oa ka ntlo,+ feela joalokaha Jehova a tšepisitse Ntate Davida, a re, ‘Mora oa hao eo ke tla mo beha teroneng ea hao sebakeng sa hao, ke eena ea tla hahela lebitso la ka ntlo.’+ 6 Joale laela hore ba nthemele likedare tse tsoang Lebanone;+ bahlanka ba ka ba tla ba le bahlanka ba hao, ’me ke tla u fa meputso ea bahlanka ba hao ho ea ka sohle seo u ka se buang, etsoe u tseba hantle hore har’a rōna ha ho ea tsebang ho rema lifate joaloka Basidone.”+

7 Eitse hang ha Hirame+ a utloa mantsoe a Solomone, a qala ho thaba haholo, ’me a tsoela pele ho re: “Ho bokoe+ Jehova kajeno ka hore ebe o file Davida mora ea bohlale+ hore a okamele sechaba+ sena se sengata!” 8 Ka lebaka leo Hirame a romeletsa ho Solomone, a re: “Ke utloile seo u nthometseng sona. Ke tla etsa sohle seo u se thabelang tabeng ea lifate tsa kedare le lifate tsa junipere.+ 9 Bahlanka ba ka ba tla li theola ho tloha Lebanone+ ho ea leoatleng; ke tla li etsa likoqo tse matahantsoeng tse phaphamalang hore li tsamaee leoatleng ho ea fihla sebakeng seo u tla ntsebisa sona;+ ka sebele ke tla etsa hore li rathoe moo, ’me u tla li nka; u tla etsa seo ke se thabelang ka ho fa ba ntlo ea ka lijo.”+

10 Kahoo Hirame a fa Solomone lifate tsa kedare le lifate tsa junipere ho ea ka sohle seo a se thabelang. 11 Solomone a fa Hirame litekanyo tsa kore+ tse likete tse mashome a mabeli tsa koro e le phepelo ea lijo bakeng sa ba ntlo ea hae le litekanyo tsa kore tse mashome a mabeli tsa oli e ntšitsoeng ka ho tuloa.+ Ke sona seo Solomone a ileng a ’na a se fa Hirame selemo le selemo.+ 12 Jehova a fa Solomone bohlale, feela joalokaha a ne a mo tšepisitse;+ ha e-ba le khotso pakeng tsa Hirame le Solomone, ’me ka bobeli ba hlaba selekane.

13 Morena Solomone a ’na a nyolla ba ngolisitsoeng bakeng sa mosebetsi o qobelloang ho tsoa Iseraele eohle; ba ngolisitsoeng bakeng sa mosebetsi o qobelloang+ ea e-ba banna ba likete tse mashome a mararo. 14 O ne a ba romela Lebanone ka lihlopha tsa ba likete tse leshome ka khoeli. Ka khoeli ba ne ba hlola Lebanone, ka likhoeli tse peli ba hlola malapeng+ a bona; Adonirame+ o ne a okametse ba ngolisitsoeng+ bakeng sa mosebetsi o qobelloang.+ 15 Solomone a ba+ le bajari+ ba meroalo ba likete tse mashome a supileng le ba likete tse mashome a robeli ba betlang+ majoe thabeng,+ 16 ntle ho matona+ a likhosana a Solomone a neng a okametse mosebetsi, a ba le balaoli+ ba likete tse tharo le makholo a mararo ba okametseng batho ba neng ba tšoarehile mosebetsing. 17 Ka lebaka leo morena a laela hore ba fate majoe a maholo, majoe a theko e boima,+ hore ba rale motheo+ oa ntlo ka majoe a betliloeng.+ 18 Kahoo lihahi tsa Solomone le lihahi tsa Hirame le Bagebale+ ba betla, ’me ba ’na ba lokisa lifate le majoe ho haha ntlo.

6 Eitse ka selemo sa makholo a mane le mashome a robeli ka mor’a hore bara ba Iseraele ba tsoe naheng ea Egepeta,+ ka selemo sa bone,+ ka khoeli ea Zive,+ ke hore, khoeli ea bobeli,+ ka mor’a hore Solomone e be morena oa Iseraele, a hahela Jehova ntlo.+ 2 Ntlo eo Morena Solomone a ileng a e hahela+ Jehova e ne e le bolelele ba litsoe+ tse mashome a tšeletseng, ’me bophara ba eona e le tse mashome a mabeli, bophahamo ba eona e le litsoe tse mashome a mararo.+ 3 Mathule+ a ka pel’a tempele ea ntlo a ne a le bolelele ba litsoe tse mashome a mabeli, ka pel’a bophara ba ntlo. A ne a le botebo ba litsoe tse leshome, ka pel’a ntlo.

4 A tsoela pele ho etsetsa ntlo eo lifensetere tsa likosene tse nyenyefalang.+ 5 Ho ekelletsa moo, a haha mohaho o lehlakoreng ka hohle pel’a lerako la ntlo, pel’a marako a ntlo ho pota-pota tempele ka hohle le kamore e ka hare-hare,+ ’me a etsa likamore tse mahlakoreng+ ka hohle. 6 Kamore e lehlakoreng e ka tlaase-tlaase e ne e le bophara ba litsoe tse hlano, ’me e bohareng e ne e le bophara ba litsoe tse tšeletseng, ’me ea boraro e ne e le bophara ba litsoe tse supileng; etsoe o ile a fokotsa+ ntlo ka hohle ka ntle, e le hore e se ke ea itšoarella marakong a ntlo.+

7 Ha e le ntlo, ha e ntse e hahuoa, e ile ea hahuoa ka lejoe+ la koari le neng le se le ntse le phethiloe; ha e le lihamore le lilepe kapa lisebelisoa leha e le life tsa tšepe, ha lia ka tsa utluoa ka tlung+ ha e ntse e hahuoa. 8 Monyako+ oa kamore e lehlakoreng e ka tlaase-tlaase o ne o le lehlakoreng le letona la ntlo, ’me ba ne ba nyolohela ho e hare ka litepisi tse matsoelintsoeke, ’me ha ba tloha ho e hare ba nyolohela ho ea boraro. 9 Ho ekelletsa moo, a tsoela pele ho haha ntlo e le hore a ka e phetha,+ ’me a koahela ka har’a ntlo ka libalaka le maballo a lehong la kedare.+ 10 Ho feta moo, a haha likamore tse mahlakoreng+ pel’a ntlo eohle tse bophahamo ba litsoe tse hlano, ’me li ne li itšoareletse ntlong ka lifate+ tsa kedare.

11 Khabareng, lentsoe la Jehova la tla ho Solomone,+ la re:+ 12 “Ha e le ntlo ena eo u e hahang, haeba u tla tsamaea ka litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng+ ’me u phethe liqeto tsa ka tsa boahloli+ ’me u boloke litaelo tsohle tsa ka ka ho tsamaea ho tsona,+ le ’na ka sebele ke tla phetha lentsoe la ka ka uena leo ke le boleletseng ntat’ao Davida;+ 13 ke tla lula har’a bara ba Iseraele,+ ’me nke ke ka tlohela sechaba sa ka sa Iseraele.”+

14 Solomone a tsoela pele ho haha ntlo e le hore a ka e phetha.+ 15 A haha marako a ntlo ka har’a eona ka mapolanka a kedare. A e koahela ka lifate ka hare ho tloha fatše ka tlung ho ea holimo maballong a siling; a tsoela pele ho koahela fatše ka tlung ka mapolanka a junipere.+ 16 Ho ekelletsa moo, a haha litsoe tse mashome a mabeli mahlakoreng a ka morao a ntlo ka mapolanka a kedare, ho tloha fatše ho ea maballong, ’me ka har’a kamore e ka hare-hare,+ a e hahela Sehalalelisiso.+ 17 Ntlo eo e ne e le litsoe tse mashome a mane, ke hore, tempele+ e ka pel’a eona.+ 18 Lehong la kedare le ka har’a ntlo le ne le e-na le litšoantšo tse betliloeng tsa mokhabiso o bōpehileng joaloka leraka+ le meqhaka ea lipalesa tse thuntseng.+ Kaofela ha eona e ne e le lehong la kedare; ho ne ho se lejoe le bonoang.

19 Kamore e ka hare-hare+ e leng ka har’a ntlo a e lokisa ka hare, hore a behe areka+ ea selekane+ sa Jehova moo. 20 Kamore e ka hare-hare e ne e le bolelele ba litsoe tse mashome a mabeli, le bophara ba litsoe tse mashome a mabeli,+ le bophahamo ba litsoe tse mashome a mabeli; a e koahela ka khauta e hloekileng,+ ’me a koahela aletare+ ka lehong la kedare. 21 Solomone a tsoela pele ho koahela+ ntlo ka hare ka khauta e hloekileng,+ le ho etsa hore ketane+ ea khauta e fete ka pel’a kamore e ka hare-hare,+ le ho e koahela ka khauta. 22 Ntlo eo eohle a e koahela ka khauta,+ ho fihlela ntlo kaofela e phethiloe; aletare+ eohle e neng e le ka nģ’a kamore e ka hare-hare a e koahela ka khauta.+

23 Ho ekelletsa moo, a etsa likerubime+ tse peli tsa lehong la sefate sa oli ka kamoreng e ka hare-hare, e ’ngoe le e ’ngoe+ e le bophahamo ba litsoe tse leshome. 24 Lepheo le leng la kerubime e ne e le litsoe tse hlano, ’me lepheo le leng la kerubime e le litsoe tse hlano. E ne e le litsoe tse leshome ho tloha ntlheng ea lepheo la eona ho ea ntlheng ea lepheo la eona.+ 25 Kerubime ea bobeli e ne e le litsoe tse leshome. Likerubime tse peli li ne li e-na le tekanyo e tšoanang le sebōpeho se tšoanang. 26 Bophahamo ba kerubime e ’ngoe e ne e le litsoe tse leshome, ’me ho ne ho le joalo ka kerubime e ’ngoe. 27 Joale a kenya likerubime ka har’a ntlo e ka hare, hoo ba ileng ba phukalatsa mapheo a likerubime.+ Kahoo lepheo la e ’ngoe la fihla leboteng ’me lepheo la kerubime e ’ngoe le ne le fihla leboteng le leng; mapheo a tsona a ne a le ho ella bohareng ba ntlo, lepheo le leng le fihla lepheong le leng.+ 28 Ho feta moo, a koahela likerubime ka khauta.+

29 Marakong ’ohle a ntlo ho pota-pota a betla litšoantšo tsa likerubime+ le litšoantšo tsa lifate tsa palema+ le litšoantšo tsa lithunthung,+ ka hare le ka ntle; 30 fatše+ ka tlung a koahela ka khauta, ka hare le ka ntle. 31 Monyako oa kamore e ka hare-hare a o etsa ka mamati+ a lehong la lifate tsa oli:+ litšiea tse lehlakoreng, likosene tsa menyako le karolo ea bohlano. 32 Mamati a mabeli e ne e le a lehong la sefate sa oli, eaba o betla holim ’a ’ona litšoantšo tsa likerubime le litšoantšo tsa lifate tsa palema le litšoantšo tsa lithunthung, ’me a a koahela ka khauta; a otlella khauta holim ’a likerubime le litšoantšo tsa lifate tsa palema. 33 Ke tsela eo a ileng a etsa ka eona bakeng sa monyako oa tempele, likosene tsa lehong la sefate sa oli, tse nang le mahlakore a mane a lekanang. 34 Mamati ao a mabeli e ne e le a lehong la junipere.+ Mamati a mabeli a monyako o mong a ne a tsamaea liaseng, ’me mamati a mabeli a monyako o mong a ne a tsamaea liaseng.+ 35 A betla likerubime le litšoantšo tsa lifate tsa palema le litšoantšo tsa lithunthung, ’me a koahela litšoantšo+ tseo ka khauta.

36 A tsoela pele ho haha lebala le ka hare+ le nang le mela+ e meraro ea lejoe le betliloeng le mola oa libalaka tsa lehong la kedare.

37 Ka selemo sa bone ha raloa motheo+ oa ntlo ea Jehova, ka khoeli ea Zive;+ 38 ka selemo sa leshome le motso o mong, ka khoeli ea Bule, ke hore, khoeli ea borobeli, ntlo ea phethoa+ mabapi le lintlha tsohle tsa eona tse qaqileng le polane+ eohle ea eona; hoo a e hahileng ka lilemo tse supileng.

7 Solomone a haha ntlo ea hae ka lilemo tse leshome le metso e meraro,+ hoo a ileng a phetha ntlo+ eohle ea hae.

2 A haha Ntlo ea Moru oa Lebanone+ e bolelele ba litsoe tse lekholo, le bophara ba litsoe tse mashome a mahlano, le bophahamo ba litsoe tse mashome a mararo, holim ’a mela e mene ea litšiea tsa lehong la kedare; ho ne ho e-na le libalaka+ tsa lehong la kedare holim ’a litšiea. 3 E ne e manehiloe ka mapolanka a lehong la kedare+ ka holim ’a libalaka tse neng li le holim ’a litšiea tse mashome a mane a metso e mehlano. Ho ne ho e-na le tse leshome le metso e mehlano moleng. 4 Ha e le lifensetereng tse nang le likosene, ho ne ho e-na le mela e meraro, ’me ho ne ho e-na le lesoba la khanya+ mabapa le lesoba la khanya meleng e kolohaneng e meraro. 5 Menyako eohle le likosene tsa menyako li ne li etselitsoe mahlakore a mane a lekanang le kosene,+ le karolo e ka pele ea lesoba la khanya mabapa le lesoba la khanya meleng e kolohaneng e meraro.

6 Mathule a Litšiea a a etsa bolelele ba litsoe tse mashome a mahlano, le bophara ba litsoe tse mashome a mararo; mathule a mang a ne a le ka pel’a ’ona a e-na le litšiea le sekhurumetso ka pel’a ’ona.

7 Ha e le Mathuleng a Terone+ moo a neng a tla ahlolela teng, a etsa mathule a kahlolo;+ ba a koahela ka lehong la kedare ho tloha fatše ho ea maballong.+

8 Ha e le ntlo ea hae moo a neng a tla lula teng, lebaleng+ le leng, e ne e le hōle le ntlo ea Mathule. E ne e entsoe tjena. Ho ne ho e-na le ntlo e tšoanang le Mathule ana eo a ileng a e hahela morali oa Faro,+ eo Solomone a neng a mo nkile.

9 Ana kaofela e ne e le a majoe a theko e boima+ ho ea ka litekanyo, a betliloeng, a sakhiloeng ka lisakha tsa majoe, ka hare le ka ntle, le ho tloha motheong ho ea marulelong, le ka ntle ho ea fihla lebaleng le leholo.+ 10 Majoe a theko e boima a ileng a behoa e le motheo e ne e le majoe a maholo, majoe a litsoe tse leshome, le majoe a litsoe tse robeli. 11 Ka holimo ho ne ho e-na le majoe a theko e boima ho ea ka litekanyo, a betliloeng, le lona lehong la kedare. 12 Ha e le lebaleng le leholo, ho ne ho e-na le mela+ e meraro ea majoe a betliloeng le mola oa libalaka tsa lehong la kedare ka hohle; le sona sena e ne e le bakeng sa lebala le ka hare+ la ntlo+ ea Jehova, le bakeng sa mathule+ a ntlo.

13 Morena Solomone a romeletsa ’me a lata Hirame+ Tyre. 14 E ne e le mora oa mosali oa mohlolohali ho tsoa lelokong la Nefthali, ’me ntat’ae e ne e le monna oa Motyre,+ ea sebetsang ka koporo;+ o ne a tletse bohlale le kutloisiso+ le tsebo ea ho etsa mosebetsi oa mofuta o mong le o mong ka koporo. Ka lebaka leo a tla ho Morena Solomone ’me a qala ho etsa mosebetsi oohle oa hae.

15 Joale a foroma litšiea tse peli tsa koporo,+ bophahamo ba tšiea ka ’ngoe e le litsoe tse leshome le metso e robeli, ’me khoele e litsoe tse leshome le metso e ’meli e ne e lekanya ho potoloha e ’ngoe le e ’ngoe ea litšiea+ tseo tse peli. 16 A etsa lihlooho tse peli tsa litšiea hore a li behe ka holim ’a litšiea, tse foronngoeng ka koporo.+ Hlooho e ’ngoe e ne e le bophahamo ba litsoe tse hlano, ’me hlooho e ’ngoe e le bophahamo ba litsoe tse hlano. 17 Ho ne ho e-na le matlooa a entseng letanta, mekhabiso e lohiloeng e entseng ketane,+ bakeng sa lihlooho tse neng li le ka holim ’a litšiea;+ a supileng bakeng sa hlooho e ’ngoe, le a supileng bakeng sa hlooho e ’ngoe. 18 A tsoela pele ho etsa likharenate le mela e ’meli ka hohle holim ’a letanta le leng ho koahela lihlooho tse neng li le holim ’a litšiea; ke sona seo a ileng a se etsa bakeng sa hlooho+ e ’ngoe. 19 Lihlooho tse neng li le holim ’a litšiea mathuleng li ne li entsoe joaloka likhahla,+ e le litsoe tse ’nè. 20 Lihlooho li ne li le holim ’a litšiea tse peli, hape li le haufi le mpa e neng e kopane le letanta; ho ne ho e-na le likharenate+ tse makholo a mabeli tse entseng mela ka hohle holim ’a hlooho e ’ngoe le e ’ngoe.

21 A hloma litšiea+ tsa mathule+ a tempele. Kahoo a hloma tšiea e ka letsohong le letona ’me a e reha lebitso la Jakine, joale a hloma tšiea e ka letsohong le letšehali ’me a e reha lebitso la Boaze. 22 Ka holim ’a litšiea ho ne ho e-na le lintho tse kang likhahla. Mosebetsi oa litšiea oa phethoa butle-butle.

23 A etsa leoatle+ le entsoeng ka ho qhibilihisoa le e-na le litsoe tse leshome ho tloha molomong o mong oa lona ho ea ho o mong, le le chitja ka hohle; bophahamo ba lona e ne e le litsoe tse hlano, ’me ho ne ho hlokahala khoele ea litsoe tse mashome a mararo ho le pota-pota ka hohle.+ 24 Ho ne ho e-na le mekhabiso+ e bōpehileng joaloka leraka+ ka tlas’a molomo oa lona ka hohle, e le lika-likelitse, e leshome setsoeng, e pota-potile leoatle ka hohle,+ e e-na le mela e ’meli ea mekhabiso e bōpehileng joaloka leraka e foromeletsoeng ho lona. 25 Le ne le eme holim ’a lipoho tse leshome le metso e ’meli,+ tse tharo li shebile leboea, tse tharo li shebile bophirimela, ’me tse tharo li shebile boroa, ’me tse tharo li shebile bochabela; leoatle le ne le le ka holim ’a tsona, ’me likarolo tsohle tsa tsona tse ka morao li ne li lebile bohareng.+ 26 Botenya ba lona e ne e le bophara ba seatla;+ molomo oa lona o ne o tšoana le moetso oa molomo oa senoelo, thunthung ea khahla.+ Le ne le ka tšela+ litekanyo tsa bate+ tse likete tse peli.

27 A tsoela pele ho etsa likariki+ tse leshome tsa koporo, bolelele ba kariki ka ’ngoe e le litsoe tse ’nè, ’me bophara ba eona e le litsoe tse ’nè, ’me bophahamo ba eona e le litsoe tse tharo. 28 Moetso oa likariki o ne o le tjena: li ne li e-na le mabota a mahlakoreng, ’me mabota a mahlakoreng a ne a le pakeng tsa maballo a tšekaletseng. 29 Maboteng a mahlakoreng a neng a le pakeng tsa maballo a tšekaletseng ho ne ho e-na le litau,+ lipoho+ le likerubime,+ le maballong a tšekaletseng ho ne ho le joalo. Ka holimo le ka tlas’a litau le lipoho ho ne ho e-na le meqhaka+ e leketlileng. 30 Ho ne ho e-na le mabili a mane a koporo kariking ka ’ngoe, a e-na le liase tsa koporo; likarolo tsa eona tse ’nè tse hukung e ne e le litšehetso bakeng sa tsona. Ka tlas’a beisine ho ne ho e-na le litšehetso, tse entsoeng ka meqhaka e bapileng. 31 Molomo oa eona ho tloha ka hare ho ea litšehetsong le ho ea holimo e ne e le litsoe tse [?]; molomo oa eona o ne o le chitja, seluloana sa eona e le setsoe se le seng le halofo, le molomong oa eona ho ne ho e-na le litšoantšo tse betliloeng. Mabota a tsona a mahlakoreng a ne a e-na le mahlakore a mane a lekanang, a seng chitja. 32 Mabili a mane a ne a le tlaase maboteng a mahlakoreng, ’me litšehetso tsa mabili li ne li le kariking; bophahamo ba lebili ka leng e le setsoe se le seng le halofo. 33 Moetso oa mabili o ne o tšoana le moetso oa mabili a koloi.+ Litšehetso tsa ’ona le lirimi tsa ’ona le lipeke tsa ’ona le linafo tsa ’ona, kaofela li ne li foronngoe. 34 Ho ne ho e-na le litšehetso tse ’nè likhutlong tse ’nè tsa kariki ka ’ngoe; litšehetso tsa eona e ne e le ntho e le ’ngoe le kariki. 35 Ka holim ’a kariki ho ne ho e-na le seluloana seo bophahamo ba sona e leng halofo ea setsoe, se chitja ka hohle; ka holim ’a kariki mahlakore a eona le mabota a eona a lehlakoreng e ne e le ntho e le ’ngoe le sona. 36 Ho ekelletsa moo, holim ’a makapa a mahlakoreng a eona le holim ’a mabota a eona a mahlakoreng a betla+ likerubime, litau le litšoantšo tsa lifate tsa palema ho ea ka sebaka se se nang letho sa e ’ngoe le e ’ngoe, le meqhaka ho pota-pota ka hohle.+ 37 A etsa likariki tse leshome tjena;+ kaofela li ne li e-na le moetso+ o le mong, tekanyo e le ’ngoe, sebōpeho se le seng.

38 A etsa libeisine+ tse leshome tsa koporo. Beisine ka ’ngoe e ne e tšela litekanyo tsa bate tse mashome a mane. Beisine ka ’ngoe e ne e le litsoe tse ’nè. Ho ne ho e-na le beisine e le ’ngoe holim ’a kariki ka ’ngoe bakeng sa likariki tse leshome. 39 Joale a beha likariki tse hlano lehlakoreng le letona la ntlo, le tse hlano lehlakoreng le letšehali la ntlo;+ a beha leoatle lehlakoreng le letona la ntlo nģ’a bochabela, ho ea ka boroa.+

40 Butle-butle Hirame+ a etsa libeisine+ le likharafu+ le likotlolo.+ Qetellong Hirame a phetha+ mosebetsi oohle oo a ileng a o etsetsa Morena Solomone mabapi le ntlo ea Jehova: 41 Litšiea+ tse peli le lihlooho+ tse bōpehileng joaloka nkho tse neng li le ka holim ’a litšiea tse peli, le matanta+ a mabeli ho koahela lihlooho tse peli tse chitja tse neng li le ka holim ’a litšiea, 42 le likharenate+ tse makholo a mane bakeng sa matanta a mabeli, mela e ’meli ea likharenate letanteng ka leng, ho koahela lihlooho tse peli tse bōpehileng joaloka nkho tse neng li le ka holim ’a litšiea tse peli; 43 le likariki+ tse leshome le libeisine+ tse leshome tse holim ’a likariki, 44 le leoatle+ le le leng le lipoho tse leshome le metso e ’meli tse tlas’a leoatle;+ 45 le maleke le likharafu le likotlolo le lisebelisoa+ tsena tsohle, tseo Hirame a ileng a li etsetsa Morena Solomone ka koporo e bentšitsoeng bakeng sa ntlo ea Jehova. 46 Morena a li etsa ka foromo ea letsopa Seterekeng sa Jordane,+ pakeng tsa Sukothe+ le Zarthane.+

47 Solomone a tlohela lisebelisoa+ tsohle li sa bekhoa ka lebaka la bongata bo boholo ka ho sa tloaelehang joalo.+ Boima ba koporo ha boa ka ba fumanoa hantle.+ 48 Butle-butle Solomone a etsa lisebelisoa tsohle tse neng li amana le ntlo ea Jehova, aletare+ ea khauta le tafole+ eo bohobe ba pontšo bo neng bo le holim ’a eona, ka khauta, 49 le liluloana tsa mabone,+ tse hlano ka ho le letona le tse hlano ka ho le letšehali ka pel’a kamore e ka hare-hare, ka khauta e hloekileng,+ le lithunthung+ le mabone+ le matlao,+ ka khauta, 50 le libeisine le litima-lebone+ le likotlolo+ le linoelo+ le lipane tsa mollo,+ ka khauta e hloekileng, le likosene bakeng sa mamati+ a ntlo e ka hare, ke hore, Sehalalelisiso, le bakeng sa mamati+ a ntlo ea tempele,+ ka khauta.

51 Qetellong mosebetsi oohle oo Morena Solomone a neng a lokela ho o etsa mabapi le ntlo ea Jehova o ne o phethiloe;+ Solomone a qala ho kenya lintho tse halalelitsoeng ke ntat’ae Davida;+ a kenya silevera le khauta le lintho matlotlong a ntlo ea Jehova.+

8 Ka nako eo Solomone+ a bokellela+ banna ba baholo+ ba Iseraele, lihlooho tsohle tsa meloko,+ marenana a bo-ntate,+ a bara ba Iseraele, ho Morena Solomone Jerusalema, ho nyolla areka ea selekane+ sa Jehova Motseng oa Davida,+ ke ho re, Sione.+ 2 Kahoo banna bohle ba Iseraele ba phuthehela ho Morena Solomone ka khoeli ea Ethanime moketeng,+ ke hore, khoeli ea bosupa.+ 3 Kahoo banna bohle ba baholo ba Iseraele ba tla, ’me baprista ba qala ho jara+ Areka.+ 4 Ba nyolla areka ea Jehova le tente+ ea pokano+ le lisebelisoa tsohle tse halalelang tse neng li le ka tenteng; baprista le Balevi+ ba li nyolla.+ 5 Morena Solomone hammoho le phutheho eohle ea Baiseraele, ba bolokang taetsano le eena, ba ne ba le ka pel’a Areka, ba etsa sehlabelo+ ka linku le likhomo tse neng li ke ke tsa baloa kapa tsa lekanngoa ka bongata.+

6 Joale baprista ba kenya areka+ ea selekane sa Jehova sebakeng sa eona,+ ka kamoreng e ka hare-hare ea ntlo, Sehalalelisiso, ka tlas’a mapheo a likerubime.+

7 Etsoe likerubime li ne li phukalalitse mapheo ka holim ’a sebaka sa Areka, hoo likerubime li neng li boloka Areka le lipalo tsa eona li sirelelitsoe ka holimo.+ 8 Empa lipalo+ li ne li le telele, hoo lintlha tsa lipalo tseo li neng li bonahala ho tloha Sehalalelong ka pel’a kamore e ka hare-hare, empa li ne li sa bonahale ka ntle. Li ntse li le moo ho fihlela letsatsing lena.+ 9 Ho ne ho se na letho ka Arekeng haese matlapa+ a mabeli a majoe ao Moshe a neng a a behile+ moo Horebe, ha Jehova a ne a entse selekane+ le bara ba Iseraele ha ba ne ba tsoa naheng ea Egepeta.+

10 Eitse ha baprista ba tsoa sebakeng se halalelang, leru+ la tlala ntlo ea Jehova. 11 Baprista+ ba ne ba sa khone ho ema hore ba etse tšebeletso+ ea bona ka lebaka la leru, etsoe khanya+ ea Jehova e ne e tletse ntlo ea Jehova.+ 12 Ka nako eo Solomone a re: “Jehova o itse o ne a tla lula botšong+ bo boholo. 13 Ke u hahetse ka katleho ntlo ea bolulo bo phahameng,+ sebaka+ se tiisitsoeng hore u lule ho sona ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+

14 Joale morena a reteletsa sefahleho ’me a qala ho hlohonolofatsa+ phutheho eohle ea Iseraele, ha phutheho eohle ea Iseraele e ntse e eme. 15 A tsoela pele ho re: “Ho bokoe Jehova+ Molimo oa Iseraele, ea buileng ka molomo oa hae le Ntate Davida+ ’me ka letsoho la hae a fana ka phethahatso,+ a re, 16 ‘Ho tloha letsatsing la ha ke ntša sechaba sa ka sa Iseraele Egepeta ha kea ka ka khetha+ motse melokong eohle ea Iseraele bakeng sa ho hahela lebitso+ la ka ntlo+ hore le lule moo; empa ke tla khetha Davida hore a okamele sechaba sa ka sa Iseraele.’+ 17 E ile ea e-ba takatso ea pelo ea Ntate Davida ho hahela lebitso la Jehova Molimo oa Iseraele ntlo.+ 18 Empa Jehova a re ho Ntate Davida, ‘Ka lebaka la hore e bile takatso ea pelo ea hao ho hahela lebitso la ka ntlo, u entse hantle, hobane e bile takatso ea pelo ea hao.+ 19 Feela u ke ke ua haha ntlo eo, empa mora oa hao ea tsoang lethekeng la hao ke eena ea tla hahela lebitso la ka ntlo.’+ 20 Jehova o phethile lentsoe+ la hae leo a neng a le buile, e le hore nka ema sebakeng sa Ntate Davida le ho lula teroneng ea Iseraele,+ feela joalokaha Jehova a ne a buile, le hore nka hahela lebitso la Jehova Molimo oa Iseraele ntlo,+ 21 le hore nka fumana sebaka bakeng sa Areka moo selekane+ sa Jehova se leng teng seo a se hlabileng le baholo-holo ba rōna ha a ne a ba ntša naheng ea Egepeta.”

22 Solomone a qala ho ema ka pel’a aletare+ ea Jehova ka pel’a phutheho eohle ea Iseraele, joale a otlollela liatla tsa hae maholimong;+ 23 a tsoela pele ho re: “Jehova Molimo oa Iseraele,+ ha ho na Molimo ea tšoanang le uena+ holimo maholimong kapa tlaase lefatšeng, ea bolokang selekane le mosa o lerato+ ho bahlanka+ ba hao ba tsamaeang ka pel’a hao ka lipelo+ tsohle tsa bona, 24 uena ea bolokileng ho mohlanka oa hao Ntate Davida seo u ileng ua mo tšepisa sona, hoo u ileng ua etsa tšepiso ka molomo oa hao, ’me u e phethahalitse ka letsoho la hao, joaloka letsatsing lena.+ 25 Joale, Jehova Molimo oa Iseraele, boloka ho mohlanka oa hao Ntate Davida seo u ileng ua mo tšepisa sona, ua re, ‘Ha ho motho oa hao ea tla tlosoa ka pel’a ka hore a se ke a lula teroneng ea Iseraele,+ haeba feela bara ba hao ba tla hlokomela tsela ea bona ka ho tsamaea ka pel’a ka feela joalokaha u tsamaile ka pel’a ka.’ 26 Joale, Molimo oa Iseraele, ka kōpo, tšepiso+ ea hao eo u e tšepisitseng mohlanka oa hao Ntate Davida e ke e be e tšepahalang.

27 “Empa na kannete Molimo o tla lula lefatšeng?+ Bona! Maholimo,+ e, leholimo la maholimo,+ a ke ke a u lekana;+ joale, ntlo+ ee eo ke e hahileng e nyenyane hakaakang! 28 U retelehele thapelong+ ea mohlanka oa hao le kōpong ea hae ea mohau,+ Jehova Molimo oa ka, ho mamela mohoo oa kōpo e tiileng le thapelo eo mohlanka oa hao a e rapelang ka pel’a hao kajeno;+ 29 e le hore mahlo a hao a ka tutubolohela+ ntlong ena bosiu le motšehare, sebakeng seo ka sona u itseng, ‘Lebitso la ka le tla ba moo,’+ ho mamela thapelo eo mohlanka oa hao a e rapelang sebakeng sena.+ 30 U mamele kōpo ea mohau+ ea mohlanka oa hao le ea sechaba sa hao sa Iseraele eo se e rapellang sebakeng sena; e se eka u ka utloa u le sebakeng sa hao sa bolulo, maholimong,+ u utloe ’me u tšoarele.+

31 “Ha motho a siteloa oa habo,+ ’me a mo rohaka hore a mo tlise tlas’a thohako,+ ’me a tla ka pel’a aletare ea hao ka tlung ena a ntse a rohakiloe, 32 joale e se eka u ka utloa u le maholimong, ’me u nke bohato ’me u ahlole bahlanka ba hao ka ho phatlalatsa hore ea khopo o khopo ka ho beha tsela ea hae hloohong ea hae,+ le ka ho phatlalatsa hore ea lokileng o lokile+ ka ho mo fa ho ea ka ho loka ha hae.+

33 “Ha sechaba sa hao sa Iseraele se hlōloa ka pel’a sera,+ kahobane se ’nile sa u siteloa,+ ’me se khutlela ho uena+ ’me se roka lebitso+ la hao le ho rapela+ ’me se kōpa mohau ho uena ka tlung+ ena, 34 joale e se eka u ka utloa u le maholimong, ’me u tšoarele sebe sa sechaba sa hao sa Iseraele+ u se khutlisetse+ naheng eo u e fileng baholo-holo ba sona.+

35 “Ha leholimo le koetsoe hoo pula e sa neng,+ kahobane ba ’nile ba u siteloa,+ ’me ba rapela sebakeng+ sena le ho roka lebitso la hao, ’me ba furalla sebe sa bona, kahobane u ’nile ua ba hlorisa,+ 36 joale e se eka u ka utloa u le maholimong, ’me u tšoarele sebe sa bahlanka ba hao, esita le sa sechaba sa hao sa Iseraele, hobane u se ruta+ tsela e molemo eo se lokelang ho tsamaea ka eona;+ ’me u fane ka pula+ naheng ea hao eo u e fileng sechaba sa hao e le lefa.

37 “Haeba ho e-ba le tlala+ naheng, haeba ho e-ba le lefu la seoa,+ haeba ho e-ba le komello, phori,+ litsie,+ maphele;+ haeba sera sa bona se ba lika-liketsa naheng ea liheke tsa bona—kotlo ea mofuta leha e le ofe, lefu la mofuta leha e le ofe— 38 thapelo+ leha e le efe, kōpo leha e le efe ea mohau+ e ka etsoang ke motho leha e le ofe kapa sechaba sohle sa hao sa Iseraele,+ kahobane e mong le e mong o tseba lefu la pelo+ ea hae, ’me a otlollela liatla ntlong ena,+ 39 joale e se eka u ka utloa u le maholimong,+ sebaka sa hao se tiisitsoeng sa bolulo,+ ’me u tšoarele+ le ho nka bohato+ ’me u fe e mong le e mong ho ea ka litsela+ tsohle tsa hae, hobane u tseba pelo+ ea hae (etsoe ke uena feela ea tsebang hantle lipelo tsa bara bohle ba moloko oa batho);+ 40 e le hore ba ka u tšaba+ ka matsatsi ’ohle ao ba phelang ka ’ona naheng eo u e fileng baholo-holo ba rōna.+

41 “Le ho osele,+ eo e seng karolo ea sechaba sa hao sa Iseraele le eo ka sebele a tsoang naheng e hōle ka lebaka la lebitso la hao+ 42 (etsoe ba tla utloa ka lebitso+ la hao le leholo le ka letsoho+ la hao le matla le ka letsoho la hao le otlolohileng), ’me a tla le ho rapela ntlong ena,+ 43 e se eka u ka mamela u le maholimong, sebaka sa hao sa bolulo se tiisitsoeng,+ ’me u etse ho ea ka sohle seo osele a hoeletsang ho uena ka sona;+ e le hore lichaba tsohle tsa lefatše li ka tseba lebitso+ la hao e le hore li u tšabe joalokaha sechaba sa hao sa Iseraele se u tšaba, e le hore li ka tseba hore lebitso la hao le ’nile la bitsoa ntlong ena eo ke e hahileng.+

44 “Haeba batho ba hao ba tsoa ho ea loantša+ sera sa bona ka tsela eo u ba romelang ka eona,+ ’me ba rapela+ Jehova ba lebile motseng oo u o khethileng+ le ntlong eo ke e hahetseng lebitso la hao,+ 45 ka ho tšoanang u utloe thapelo ea bona u le maholimong le kōpo ea bona ea mohau, ’me u phethise kahlolo bakeng sa bona.+

46 “Haeba ba u siteloa+ (etsoe ha ho na motho ea sa etseng sebe),+ ’me eba u lokela ho ba tukela ka bohale le ho ba tlohella sera, ’me baholehi ba bona ba ba isa kholehong naheng ea sera e hōle kapa e haufi;+ 47 ’me ba hlaphoheloa kelellong naheng eo ba isitsoeng kholehong ho eona,+ ’me ba khutla+ ’me ba etsa kōpo+ ea mohau ho uena naheng ea baholehi ba bona,+ ba re, ‘Re entse sebe+ ’me re fositse,+ re entse bokhopo’;+ 48 ’me ba khutlela ho uena ka lipelo+ tsohle tsa bona le ka moea oohle oa bona naheng ea lira tsa bona tse ba isitseng kholehong, ’me ba u rapela ba lebile naheng ea bona eo u e fileng baholo-holo ba bona, motse oo u o khethileng le ntlo eo ke e hahetseng lebitso la hao;+ 49 le uena u utloe thapelo ea bona le kōpo ea bona ea mohau u le maholimong, sebaka sa hao sa bolulo se tiisitsoeng,+ ’me u phethise kahlolo bakeng sa bona,+ 50 u tšoarele+ batho ba hao ba u sitetsoeng+ le litlōlo+ tsohle tsa bona tseo ba u sitetsoeng ka tsona;+ u ba etse ba hauheloang+ ke baholehi ba bona ’me ba ba hauhele 51 (etsoe ke sechaba sa hao le lefa la hao,+ leo u le ntšitseng Egepeta,+ ka har’a sebōpi sa tšepe),+ 52 hore mahlo a hao a ka tutubolohela kōpo ea mohau ea mohlanka oa hao le kōpo ea mohau+ ea sechaba sa hao sa Iseraele, ka ho se mamela ho sohle seo se hoeletsang ho uena ka sona.+ 53 Etsoe u se khethile lichabeng tsohle tsa lefatše hore e be lefa la hao,+ feela joalokaha u buile ka mohlanka oa hao Moshe+ ha u ne u ntša baholo-holo ba rōna Egepeta, ’Musi Morena Jehova.”

54 Eitse hang ha Solomone a qetile ho rapela Jehova ka thapelo ena eohle le kōpo ea mohau, a ema ka pel’a aletare ea Jehova, moo a neng a khumame ka mangole+ ’me a otlolletse liatla tsa hae maholimong;+ 55 a qala ho ema+ ’me a hlohonolofatsa+ phutheho eohle ea Iseraele ka lentsoe le phahameng, a re: 56 “Ho bokoe Jehova,+ ea fileng sechaba sa hae sa Iseraele sebaka sa phomolo ho ea ka sohle seo a se tšepisitseng.+ Ha ho lentsoe+ le le leng le hlōlehileng ho phethahala la tšepiso eohle ea hae e molemo eo a e tšepisitseng ka mohlanka oa hae Moshe.+ 57 E se eka Jehova Molimo oa rōna a ka ba le rōna+ feela joalokaha a bile le baholo-holo+ ba rōna. E se eka a ke ke a re tlohela kapa a re furalla,+ 58 e le hore a etse hore lipelo+ tsa rōna li sekamele ho eena hore li tsamaee litseleng+ tsohle tsa hae le ho boloka litaelo+ tsa hae le melao ea hae ea tsamaiso+ le liqeto tsa hae tsa boahloli,+ tseo a li laetseng baholo-holo ba rōna. 59 E se eka mantsoe ana a ka ao ke entseng kōpo ea mohau ka ’ona ka pel’a Jehova a ka ba haufi+ le Jehova Molimo oa rōna bosiu le motšehare, e le hore a ka phethisa kahlolo bakeng sa mohlanka oa hae le kahlolo bakeng sa sechaba sa hae sa Iseraele joalokaha ho ka batleha letsatsi+ le letsatsi; 60 e le hore lichaba tsohle tsa lefatše li ka tseba+ hore Jehova ke Molimo+ oa ’nete. Ha ho na e mong.+ 61 Lipelo tsa lōna e be tse feletseng+ ho Jehova Molimo oa lōna ka ho tsamaea melaong ea hae ea tsamaiso le ka ho boloka litaelo tsa hae joaloka letsatsing lena.”

62 Morena hammoho le Baiseraele bohle ba ne ba nyehela sehlabelo se seholo ka pel’a Jehova.+ 63 Solomone a nyehela mahlabelo+ a kopanetsoeng ao a neng a lokela ho a nyehela ho Jehova, likhomo tse likete tse mashome a mabeli a metso e ’meli le linku tse likete tse lekholo le mashome a mabeli,+ e le hore morena le bara bohle ba Iseraele ba ka khakola+ ntlo ea Jehova. 64 Ka letsatsi leo morena o ile a lokela ho halaletsa bohare ba lebala le leng ka pel’a ntlo ea Jehova,+ kahobane moo o ne a lokela ho etsa sehlabelo sa secheso le nyehelo ea lijo-thollo le likarolo tse nonneng tsa mahlabelo a kopanetsoeng; kaha aletare+ ea koporo e neng e le ka pel’a Jehova e ne e le nyenyane haholo ho lekana sehlabelo sa secheso le nyehelo ea lijo-thollo le likarolo tse nonneng+ tsa mahlabelo a kopanetsoeng. 65 Solomone a etsa mokete+ nakong eo, hammoho le Baiseraele bohle, phutheho+ e khōlō ho tloha moo ho kenoang teng Hamathe+ ho fihlela phuleng ea molapo o phoroselang ea Egepeta,+ ka pel’a Jehova Molimo oa rōna ka matsatsi a supileng le ka matsatsi a mang a supileng,+ matsatsi a leshome le metso e mene. 66 Ka letsatsi la borobeli a re sechaba se tsamaee;+ sa qala ho hlohonolofatsa morena le ho ea malapeng a sona, se thabile+ ’me se ikutloa se nyakaletse lipelong+ ka lebaka la molemo+ oohle oo Jehova a neng a o etselitse mohlanka oa hae Davida le sechaba sa hae sa Iseraele.

9 Eitse hang ha Solomone a qetile ho haha ntlo+ ea Jehova le ntlo ea morena+ le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lakatsehang ea Solomone eo a neng a khahliloe ke ho e etsa,+ 2 joale Jehova a hlaha ho Solomone ka lekhetlo la bobeli, joalokaha a ne a ile a hlaha ho eena Gibeone.+ 3 Jehova a tsoela pele ho re ho eena: “Ke utloile thapelo+ ea hao le kōpo ea hao ea mohau eo u kōpileng mohau ka eona ka pel’a ka. Ke halalelitse+ ntlo ena eo u e hahileng ka ho beha lebitso+ la ka moo ho isa nakong e sa lekanyetsoang; ka sebele mahlo+ a ka le pelo ea ka li tla ba moo kamehla.+ 4 Uena, haeba u tla tsamaea+ ka pel’a ka, feela joalokaha ntat’ao Davida+ a ile a tsamaea, ka pelo e tšepahalang+ le ka ho loka+ ka ho etsa ho ea ka sohle seo ke u laetseng sona,+ ’me u tla boloka melao ea ka ea tsamaiso+ le liqeto tsa ka tsa boahloli,+ 5 le ’na ke tla tiisa terone ea ’muso oa hao holim ’a Iseraele ho isa nakong e sa lekanyetsoang, feela joalokaha ke tšepisitse ntat’ao Davida, ka re, ‘Ha ho motho oa hao ea tla tlosoa hore a se ke a lula teroneng ea Iseraele.’+ 6 Haeba lōna le bara ba lōna le ka tlohela ho ntatela+ ’me le sa boloke litaelo tsa ka le litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng tseo ke li behileng ka pel’a lōna, ’me le il’o sebeletsa melimo+ e meng le ho e inamela, 7 le ’na ke tla felisa Baiseraele naheng eo ke ba fileng eona;+ ntlo eo ke e halalelitseng bakeng sa lebitso la ka ke tla e lahla ka pel’a ka,+ ’me Iseraele e tla ba polelo ea maele+ le nyeliso har’a lichaba tsohle. 8 Ntlo ena e tla fetoha liqubu tsa lithako.+ E mong le e mong ea fetang ho eona o tla sheba ka ho makala+ ’me ka sebele o tla letsa mololi a re, ‘Ke ka lebaka la’ng ha Jehova a entse joalo naheng ee le ntlong ee?’+ 9 Ba tla lokela ho re, ‘Ka lebaka la hore ba tlohetse Jehova Molimo oa bona ea ntšitseng baholo-holo ba bona naheng ea Egepeta,+ ’me ba itšoarella ho melimo+ e meng ’me ba e inamela le ho e sebeletsa. Ke ka lebaka leo Jehova a tlisitseng tlokotsi ena eohle holim ’a bona.’”+

10 Eitse bofelong ba lilemo tse mashome a mabeli, tseo ka tsona Solomone a hahileng matlo a mabeli, ntlo ea Jehova+ le ntlo ea morena,+ 11 (Hirame+ morena oa Tyre o ne a thusitse Solomone+ ka lifate tsa kedare le lifate tsa junipere le ka khauta ho ea kamoo a neng a khahloa kateng,)+ ka nako eo Morena Solomone a fa Hirame metse e mashome a mabeli naheng ea Galilea.+ 12 Ka lebaka leo Hirame a tsoa Tyre ho ea bona metse eo Solomone a neng a mo file eona, ’me e ne e sa loka mahlong a hae.+ 13 Kahoo a re: “Ke metse ea mofuta ofe ee eo u mphileng eona, mor’eso?” E bitsoa Naha ea Kabule ho fihlela letsatsing lena.

14 Khabareng Hirame a romela ho morena litalenta tse lekholo le mashome a mabeli tsa khauta.+

15 Joale ena ke tlaleho ea ba neng ba ngolisitsoe bakeng sa mosebetsi o qobelloang+ bao Morena Solomone a ileng a ba ngolisa hore ba hahe ntlo ea Jehova+ le ntlo ea hae le Tutulu+ le lerako+ la Jerusalema le Hazore+ le Megido+ le Gezere.+ 16 (Faro morena oa Egepeta o ne a ile a nyoloha ’me a hapa Gezere le ho e chesa ka mollo, ’me o ne a bolaile Bakanana+ ba lulang motseng oo. Kahoo a o fa morali+ oa hae e le mpho ea karohano, mosali oa Solomone.) 17 Solomone a tsoela pele ho haha Gezere le Bethe-horone e ka Tlaase,+ 18 le Baalathe+ le Tamare lefeelleng, naheng, 19 le metse eohle ea polokelo+ e ileng ea fetoha ea Solomone le metse+ ea likoloi le metse ea banna ba lipere, le lintho tse lakatsehang tseo Solomone+ a neng a lakalitse ho li haha Jerusalema le Lebanone le naheng eohle e pusong ea hae. 20 Ha e le batho bohle ba setseng ho tsoa ho Baamore,+ Bahethe,+ Bapereze,+ Baheve+ le Bajebuse,+ bao e neng e se karolo ea bara ba Iseraele,+ 21 bara ba bona ba neng ba siiloe ka mor’a bona naheng bao bara ba Iseraele ba neng ba sa khona ho ba nehela timetso,+ Solomone a ’na a ba ngolisa bakeng sa mosebetsi o qobelloang oa bokhoba ho fihlela letsatsing lena.+ 22 Ho ne ho se le ea mong ho bara ba Iseraele bao Solomone a ileng a ba etsa makhoba;+ etsoe e ne e le bahlabani le bahlanka ba hae le likhosana tsa hae le bathusi ba hae le baokameli ba bakhanni ba hae ba likoloi le ba banna ba hae ba lipere.+ 23 Bana e ne e le baokameli ba matona ba neng ba okametse mosebetsi oa Solomone, ba makholo a mahlano le mashome a mahlano, balaoli ba okametseng batho ba neng ba tšoarehile mosebetsing.+

24 Leha ho le joalo, morali+ oa Faro a nyoloha Motseng oa Davida+ ho ea ntlong ea hae eo a neng a mo hahetse eona. Joale a haha Tutulu.+

25 Ka makhetlo a mararo+ ka selemo Solomone o ne a nyehela mahlabelo a secheso le mahlabelo a kopanetsoeng holim ’a aletare eo a neng a e hahetse Jehova,+ ’me ho ne ho etsoa mosi oa sehlabelo aletareng,+ e neng e le ka pel’a Jehova; o ile a phetha ntlo.+

26 Ho ne ho e-na le sehlopha sa likepe tseo Morena Solomone a neng a li entse Ezione-gebere,+ e haufi le Elothe,+ lebōpong la Leoatle le Lefubelu naheng ea Edomo.+ 27 Hirame a ’na a romela bahlanka ba hae ka sehlopha sa likepe,+ basesisi ba likepe, ba nang le tsebo ea leoatle, hammoho le bahlanka ba Solomone. 28 Ba ea Ofire+ ’me ba nka litalenta tsa khauta+ tse makholo a mane le mashome a mabeli moo ba e tlisa ho Morena Solomone.

10 Joale mofumahali oa Sheba+ o ne a utloa tlaleho ka Solomone mabapi le lebitso la Jehova.+ Kahoo a tla hore a mo leke ka lipotso tse qakang.+ 2 Qetellong a fihla Jerusalema ka mokoloko+ o tsotehang haholo, likamele+ tse jereng oli ea balsame+ le khauta e ngata haholo le majoe a bohlokoa; a kena ho Solomone ’me a qala ho mo bolella sohle se ka pelong+ ea hae. 3 Solomone, le eena, a tsoela pele ho mo bolella litaba+ tsohle tsa hae. Ho ne ho se taba e patehileng ho morena eo a sa kang a mo bolella eona.+

4 Ha mofumahali oa Sheba a bona bohlale bohle ba Solomone+ le ntlo eo a neng a e hahile,+ 5 le lijo tsa tafole+ ea hae le ho lula ha bahlanka ba hae le tšebeletso ea tafole ea basebeletsi ba hae le liaparo tsa bona le lino+ tsa hae le mahlabelo a hae a secheso ao a neng a a nyehela kamehla ntlong ea Jehova, joale a khathala matla.+ 6 Kahoo a re ho morena: “Lentsoe leo ke le utloileng naheng ea heso ka litaba tsa hao le ka bohlale ba hao ke ’nete.+ 7 Ha kea ka ka beha tumelo mantsoeng ao ho fihlela ke tlile e le hore mahlo a ka a ka bona; bona! ke ne ke sa bolelloa le halofo.+ U fetisitse ka bohlale le katleho lintho tse utloiloeng tseo ke ileng ka li mamela.+ 8 Ho thaba batho+ ba hao; ho thaba+ bahlanka bana ba hao ba emeng ka pel’a hao kamehla, ba mametse bohlale ba hao!+ 9 Ho bokoe+ Jehova Molimo oa hao, ea khahliloeng+ ke uena ka ho u beha teroneng ea Iseraele;+ hobane Jehova o rata Iseraele ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ hoo a ileng a u beha hore u be morena+ hore u fane ka qeto ea boahloli+ le ho loka.”+

10 Joale a fa+ morena litalenta tsa khauta+ tse lekholo le mashome a mabeli le oli ea balsame+ e ngata haholo le majoe a bohlokoa. Le ka mohla ha hoa ka ha hlola ho tlisoa oli ea balsame e ngata joaloka eo mofumahali oa Sheba a ileng a e fa Morena Solomone.

11 Sehlopha sa likepe+ tsa Hirame tse neng li nkile khauta e tsoang Ofire+ tsa boela tsa tlisa lifate+ tsa algame tse ngata haholo le majoe a bohlokoa a tsoang Ofire.+ 12 Morena a etsa litšehetso bakeng sa ntlo ea Jehova+ le bakeng sa ntlo ea morena ka lifate tsa algame, le liharepa+ le liletsa tse likhoele+ bakeng sa libini. Lifate tsa algame tse tjena ha li e-s’o ka li kena leha e le hore li kile tsa bonoa ho fihlela letsatsing lena.

13 Morena Solomone a fa mofumahali oa Sheba sohle seo a se thabelang seo a ileng a se kōpa, kantle le seo a ileng a mo fa sona ho ea ka seatla se bulehileng+ sa Morena Solomone. Ka mor’a moo a reteleha eaba o ea naheng ea habo, eena hammoho le bahlanka ba hae.+

14 Boima ba khauta+ e tlileng ho Solomone ka selemo ea e-ba litalenta tsa khauta tse makholo a tšeletseng le mashome a tšeletseng a metso e tšeletseng,+ 15 kantle le e tsoang ho banna ba tsamaeang le phaello e tsoang ho bahoebi le marena+ ’ohle a Maarabia+ le babusisi ba naha.

16 Morena Solomone a tsoela pele ho etsa lithebe tse khōlō tse makholo a mabeli tsa khauta+ e tsoakiloeng (a koahela thebe ka ’ngoe e khōlō ka lishekele tsa khauta tse makholo a tšeletseng),+ 17 le lithebe tse nyenyane tse makholo a mararo tsa khauta e tsoakiloeng (a koahela thebe ka ’ngoe e nyenyane ka limina tse tharo tsa khauta).+ Joale morena a li kenya ka Tlung ea Moru oa Lebanone.+

18 Ho ekelletsa moo, morena a etsa terone+ e khōlō ea manaka a tlou+ ’me a e koahela ka khauta e hloekileng.+ 19 Ho ne ho e-na le litepisi tse tšeletseng tse eang teroneng, ’me terone eo e ne e e-na le sekhurumetso se chitja ka mor’a eona, ’me ho ne ho e-na le libaka tsa ho tšetleha matsoho ka lehlakoreng lena le ka lehlakoreng lane sebakeng sa ho lula, ’me litau+ tse peli li ne li eme ka thōko ho libaka tsa ho tšetleha matsoho.+ 20 Ho ne ho e-na le litau tse leshome le metso e ’meli tse emeng moo holim ’a litepisi tse tšeletseng, ka lehlakoreng lena le ka lehlakoreng lane. Ho ne ho se na ’muso o nang le e entsoeng joaloka eona.+

21 Lijana tsohle tsa ho noela tsa Morena Solomone e ne e le tsa khauta, le lijana tsohle tsa Ntlo ea Moru oa Lebanone+ e ne e le tsa khauta e hloekileng.+ Ho ne ho se na letho la silevera; matsatsing a Solomone e ne e nkoa e se letho ho hang. 22 Etsoe morena o ne a e-na le sehlopha sa likepe tsa Tarshishe+ leoatleng hammoho le sehlopha sa likepe tsa Hirame. Hang ka lilemo tse ling le tse ling tse tharo sehlopha sa likepe tsa Tarshishe se ne se tla se nkile khauta+ le silevera, manaka a tlou,+ le litšoene le lipikoko.

23 Kahoo Morena Solomone o ne a e-na le maruo+ a mangata ’me a le bohlale+ ho feta marena a mang ’ohle a lefatše. 24 Batho bohle ba lefatše ba ne ba batla sefahleho sa Solomone hore ba utloe bohlale ba hae boo Molimo a neng a bo kentse pelong ea hae.+ 25 E mong le e mong o ne a tlisa mpho+ ea hae, lintho tsa silevera+ le lintho tsa khauta le liaparo le lihlomo+ le oli ea balsame, lipere le limmoulo,+ e le taba e tloaelehileng ea selemo le selemo.+

26 Solomone a ’na a bokella likoloi le lipere tsa ntoa tse eketsehileng; a ba le likoloi tse sekete le makholo a mane le lipere tsa ntoa tse likete tse leshome le metso e ’meli,+ ’me a ’na a li beha metseng ea likoloi le haufi le morena Jerusalema.+

27 Morena a etsa hore silevera e Jerusalema e be joaloka majoe,+ ’me a etsa hore lehong la kedare le be lengata haholo joaloka lifate tsa sikamora tse Shefela.+

28 Ho ne ho e-na le lipere tseo Solomone a neng a li romeletsoe li tsoa Egepeta, ’me sehlopha sa bahoebi ba morena se ne se nka mohlape oa lipere ka tefello.+ 29 Kamoo e neng e le tloaelo koloi e ne e nyoloha ’me e romeloa e tsoa Egepeta bakeng sa likotoana tsa silevera tse makholo a tšeletseng, le pere bakeng sa tse lekholo le mashome a mahlano; ke tsela eo ho neng ho le ka eona bakeng sa marena ’ohle a Bahethe+ le marena a Syria. A ne a romela thepa ka sona.

11 Morena Solomone o ne a rata basali+ basele ba bangata hammoho le morali oa Faro,+ basali ba Bamoabe,+ Baammone,+ Baedomo,+ Basidone+ le Bahethe,+ 2 ba tsoang lichabeng tseo ka tsona Jehova a neng a itse ho bara ba Iseraele: “Le se ke la kena har’a tsona,+ ’me ha lia lokela ho kena har’a lōna; kannete li tla etsa hore lipelo tsa lōna li batle ho latela melimo ea tsona.”+ Ke bona bao Solomone a ileng a ba khomarela+ ho ba rata. 3 O ile a ba le basali ba makholo a supileng, likhosatsana, le lirethe tse makholo a mararo; ’me butle-butle+ basali ba hae ba khelosa pelo ea hae. 4 Nakong ea ho tsofala+ ha Solomone basali ba hae ba ne ba khelositse+ pelo ea hae hore e latele melimo+ e meng; ’me pelo ea hae e ne e sa fella+ ho Jehova Molimo oa hae joaloka pelo ea ntat’ae Davida. 5 Solomone a qala ho latela Ashtorethe+ molimotsana oa Basidone le Milkome+ ntho e nyonyehang ea Baammone. 6 Solomone a qala ho etsa se sebe+ mahlong a Jehova, ’me ha aa ka a latela Jehova ka botlalo joaloka ntat’ae Davida.+

7 Joale Solomone a haha sebaka se phahameng+ bakeng sa Kemoshe+ ntho e nyonyehang+ ea Moabe thabeng+ e neng e le ka pel’a+ Jerusalema, le bakeng sa Moloke ntho e nyonyehang ea bara ba Ammone. 8 Ke tsela eo ka eona a ileng a etsetsa basali+ bohle ba hae bao e leng basele ba neng ba etsa mosi oa sehlabelo le ho hlabela melimo ea bona.+

9 Jehova a tukela Solomone ka bohale,+ hobane pelo ea hae e ne e sekametse hōle le Jehova Molimo oa Iseraele,+ ea hlahileng ho eena habeli.+ 10 Mabapi le ntho ena a mo laela hore a se ke a latela melimo+ e meng; empa o ne a sa ka a boloka seo Jehova a se laetseng. 11 Joale Jehova a re ho Solomone: “Ka lebaka la hore sena se etsahetse ka uena ’me ha ua boloka selekane sa ka le litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng tseo ke u laetseng tsona, ruri ke tla hahola ’muso ho uena, ’me ka sebele ke tla o fa mohlanka oa hao.+ 12 Leha ho le joalo, nke ke ka ho etsa matsatsing a hao,+ ka lebaka la ntat’ao Davida.+ Ke tla o hahola+ letsohong la mora oa hao. 13 Feela e ke ke ea e-ba ’muso oohle oo ke tlang ho o hahola.+ Ke tla fa mora oa hao moloko o le mong, ka lebaka la mohlanka+ oa ka Davida le ka lebaka la Jerusalema eo ke e khethileng.”+

14 Jehova a qala ho hlahisetsa Solomone+ mohanyetsi,+ e leng, Hadade Moedomo oa bana ba morena. O ne a le Edomo.+ 15 Eitse ha Davida a hlasela Edomo,+ ha Joabe molaoli oa lebotho a nyoloha ho tla pata ba bolailoeng, a leka ho bolaea e mong le e mong e motona Edomo.+ 16 (Etsoe Joabe le Baiseraele bohle ba ile ba lula moo ka likhoeli tse tšeletseng ho fihlela a felisitse e mong le e mong e motona Edomo.) 17 Hadade a qala ho baleha, eena hammoho le banna ba bang ba Baedomo ba bahlanka ba ntat’ae, hore ba kene Egepeta, ha Hadade e ntse e le moshanyana. 18 Kahoo ba tloha Midiane+ ’me ba kena Parane eaba ba nka banna ho tloha Parane+ ’me ba kena Egepeta ho Faro morena oa Egepeta, eo joale a ileng a mo fa ntlo. Hape, a mo abela bohobe, ’me a mo fa naha. 19 Hadade a tsoela pele ho fumana kamohelo+ mahlong a Faro, hoo a ileng a mo fa mosali,+ morali’abo mosali oa hae, morali’abo mofumahali Tahapenese. 20 Ka mor’a nako morali’abo Tahapenese a mo tsoalla mora oa hae Genubathe, ’me Tahapenese a mo khoesetsa+ ka tlung ea Faro; Genubathe a hlola ntlong ea Faro har’a bara ba Faro.

21 Hadade a utloa a le Egepeta hore Davida o robetse le baholo-holo+ ba hae le hore Joabe molaoli oa lebotho la hae o shoele.+ Kahoo Hadade a re ho Faro: “E-re ke tsamaee,+ e le hore nka ea naheng ea heso.” 22 Empa Faro a re ho eena: “Ke eng seo u se hlokang ha u ntse u e-na le ’na hoo joale u batlang ho ea naheng ea heno?” A re: “Ha ho letho; empa ruri u tšoanela ho ntlohela hore ke tsamaee.”

23 Molimo a mo hlahisetsa mohanyetsi e mong,+ e leng, Rezone mora oa Eliada, ea neng a balehile ho Hadadezere+ morena oa Zoba+ khosi ea hae. 24 A ’na a bokella banna ka lehlakoreng la hae ’me ea e-ba mookameli oa sehlopha sa bafutuhi, ha Davida a ne a ba bolaea.+ Kahoo ba ea Damaseka+ eaba ba lula teng ’me ba qala ho busa Damaseka. 25 Ea e-ba mohanyetsi oa Baiseraele ka matsatsi ’ohle a Solomone,+ ’me hammoho le seo ho ne ho e-na le kotsi eo Hadade a ileng a e etsa; ’me o ne a nyonya+ Baiseraele ha a ntse a tsoela pele a busa Syria.

26 Ho ne ho e-na le Jeroboame+ mora oa Nebate Moefraime oa Zereda, mohlanka oa Solomone,+ ’me lebitso la ’m ’ae e ne e le Zerua, mosali oa mohlolohali. Le eena a qala ho phahamisa letsoho khahlanong le morena.+ 27 Lebaka leo ka lona a ileng a phahamisa letsoho khahlanong le morena ke lena: Solomone o ne a hahile Tutulu.+ O ne a koetse lekhalo la Motse oa ntat’ae Davida.+ 28 Joale monna eo Jeroboame e ne e le monna ea sebete, ea matla.+ Ha Solomone a bona hore mohlankana eo o sebetsa ka thata,+ a mo etsa molebeli+ holim ’a tšebeletso eohle e qobelloang+ ea ntlo ea Josefa.+ 29 Eare ka nako eo Jeroboame a tsoa Jerusalema, eaba moprofeta Akija+ Moshilo+ o mo fumana tseleng, ’me Akija o ne a ikoahetse ka seaparo se secha; ’me ka bobeli ba ne ba le naheng ba le bang. 30 Joale Akija a nka seaparo se secha seo a neng a se apere ’me a se hahola+ likotoana tse leshome le metso e ’meli.+ 31 A tsoela pele ho re ho Jeroboame:

“Inkele likotoana tse leshome; etsoe sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘Bona! ke hahola ’muso letsohong la Solomone, ’me ka sebele ke tla u fa meloko e leshome.+ 32 Moloko+ o le mong ke oona o tla tsoela pele e le oa hae ka lebaka la mohlanka oa ka Davida+ le ka lebaka la Jerusalema,+ motse oo ke o khethileng har’a meloko eohle ea Iseraele. 33 Lebaka la seo ke hore ba ntlohetse+ ’me ba qalile ho inamela Ashtorethe+ molimotsana oa Basidone, Kemoshe+ molimo oa Moabe le Milkome+ molimo oa bara ba Ammone; ha baa tsamaea ka litsela tsa ka ka ho etsa se nepahetseng mahlong a ka le ka litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng le ka liqeto tsa ka tsa boahloli joaloka ntat’ae Davida. 34 Empa nke ke ka nka ’muso oohle letsohong la hae, hobane ke tla mo beha hore e be morenana ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae, ka lebaka la mohlanka oa ka Davida eo ke mo khethileng,+ hobane o bolokile litaelo tsa ka le litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng. 35 Ka sebele ke tla nka ’muso letsohong la mora oa hae ’me ke u fe oona, esita le meloko e leshome.+ 36 Ke tla fa mora oa hae moloko o le mong, e le hore mohlanka oa ka Davida a ka tsoela pele a e-na le lebone kamehla ka pel’a ka Jerusalema,+ motse oo ke ikhethetseng oona hore ke behe lebitso la ka moo.+ 37 Ke uena eo ke tla mo nka, ’me u tla busa holim ’a sohle seo moea oa hao o se lakatsang,+ ’me u tla ba morena oa Iseraele. 38 Haeba u mamela sohle seo ke tla u laela sona, ’me u tsamaea litseleng tsa ka ’me u etsa se nepahetseng mahlong a ka ka ho boloka litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng le litaelo tsa ka, feela joalokaha mohlanka oa ka Davida a entse,+ le ’na ke tla ba le uena,+ ke tla u hahela ntlo e tšoarellang, feela joalokaha ke e hahetse Davida,+ ’me ke tla u fa Iseraele. 39 Ke tla kokobetsa bana ba Davida ka lebaka la sena,+ feela eseng kamehla.’”+

40 Solomone a qala ho batla ho bolaea Jeroboame.+ Kahoo Jeroboame a ema ’me a qala ho balehela+ Egepeta ho Shishake+ morena oa Egepeta, eaba o hlola Egepeta ho fihlela lefung la Solomone.

41 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Solomone le sohle seo a se entseng le bohlale ba hae, na ha lia ngoloa bukeng ea litaba tsa Solomone? 42 Matsatsi ao ka ’ona Solomone a neng a busitse Baiseraele bohle a le Jerusalema e ne e le lilemo tse mashome a mane.+ 43 Joale Solomone a robala le baholo-holo+ ba hae, ’me a patoa Motseng oa ntat’ae Davida;+ mora oa hae Roboame+ a qala ho busa sebakeng sa hae.

12 Roboame+ a ea Shikeme,+ kaha Baiseraele bohle ba ne ba tlile Shikeme ho mo etsa morena. 2 Eitse hang ha Jeroboame+ mora oa Nebate a utloa ka hona ha a sa ntse a le Egepeta (hobane o ne a balehile ka lebaka la Morena Solomone, e le hore Jeroboame a ka lula Egepeta),+ 3 joale ba romeletsa ’me ba mo bitsa. Ka mor’a moo Jeroboame le phutheho eohle ea Iseraele ba tla ’me ba qala ho bua le Roboame, ba re:+ 4 “Ntat’ao o ile a etsa hore joko ea rōna e be boima, joale bebofatsa+ tšebeletso e boima ea ntat’ao le joko+ ea hae e boima eo a e behileng holim ’a rōna, ’me re tla u sebeletsa.”+

5 A re ho bona: “Tsamaeang matsatsi a mararo ’me le khutlele ho ’na.”+ Kahoo batho ba tsamaea. 6 Morena Roboame a qala ho rerisana le banna ba baholo+ ba neng ba tsoetse pele ho sebeletsa ntat’ae Solomone ha a sa ntse a phela, a re: “Le eletsa hore batho baa ba arajoe joang?”+ 7 Ka lebaka leo ba bua le eena, ba re: “Haeba kajeno u tla ba mohlanka oa batho bana ’me u ba sebeletse,+ u tla ba araba ’me u bue le bona ka mantsoe a molemo;+ ba tla tlameha ho ba bahlanka ba hao kamehla.”+

8 Leha ho le joalo, a tlohela keletso eo banna ba baholo ba neng ba mo elelitse ka eona, ’me a qala ho rerisana le bahlankana ba neng ba hōtse le eena,+ ba neng ba mo sebeletsa.+ 9 A tsoela pele ho re ho bona: “Le fana ka keletso efe+ e le hore re ka araba batho baa ba buileng le ’na, ba re, ‘Bebofatsa joko eo ntat’ao a e behileng holim ’a rōna’?”+ 10 Eaba bahlankana ba neng ba hōtse le eena ba bua le eena, ba re: “Sena ke seo u lokelang ho se bolella+ batho bana ba buileng le uena, ba re, ‘Ntat’ao, o ile a etsa hore joko ea rōna e be boima, empa, ha e le uena, e bebofatse holim ’a rōna’; sena ke seo u lokelang ho ba bolella sona, ‘Ka sebele monoana oa ka o monyenyane o tla ba motenya ho feta letheka la Ntate.+ 11 Joale Ntate o le jarisitse joko e boima; empa ke tla eketsa jokong+ ea lōna. Ntate o le shapile ka liphali, empa ke tla le shapa ka liphali tse metjeka.’”+

12 Jeroboame le batho bohle ba tla ho Roboame ka letsatsi la boraro, feela joalokaha morena a ne a buile, a re: “Khutlelang ho ’na ka letsatsi la boraro.”+ 13 Morena a qala ho araba batho ka thata,+ ’me a tlohela keletso ea banna ba baholo ba neng ba mo elelitse.+ 14 A tsoela pele ho bua le bona ho ea ka keletso ea bahlankana bao,+ a re: “Ntate o ile a etsa hore joko ea lōna e be boima, empa ke tla eketsa jokong ea lōna. Ntate o le shapile ka liphali, empa ke tla le shapa ka liphali tse metjeka.”+ 15 Morena ha aa ka a mamela batho,+ hobane litaba li bile joalo ka tšusumetso ea Jehova,+ e le hore a ka phetha lentsoe+ la hae leo Jehova a neng a le buile ka Akija+ Moshilo ho Jeroboame mora oa Nebate.

16 Ha Baiseraele bohle ba bona hore morena o ne a sa ba mamela, joale sechaba sa araba morena, sa re: “Re na le kabelo efe ho Davida?+ Ha ho na lefa ho mora oa Jese. Lōna Baiseraele, e-eang ho melimo+ ea lōna. Joale iponele ntlo ea hao, Uena Davida!”+ Baiseraele ba qala ho ea litenteng tsa bona. 17 Ha e le bara ba Iseraele ba neng ba lula metseng ea Juda, Roboame a tsoela pele ho ba busa.+

18 Ka mor’a moo Morena Roboame a romela Adorame,+ ea neng a okametse ba ngolisitsoeng bakeng sa mosebetsi o qobelloang,+ empa Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majoe,+ hoo a ileng a shoa. Morena Roboame a khona ho hloella koloing ho balehela Jerusalema. 19 Baiseraele ba tsoela pele ho fetohela+ ntlo ea Davida ho fihlela letsatsing lena.+

20 Eitse hang ha Baiseraele bohle ba utloa hore Jeroboame o khutlile, hang-hang ba romeletsa ’me ba mo bitsetsa phuthehong eaba ba mo etsa morena oa Baiseraele bohle.+ Ha ho le ea mong eo e ileng ea e-ba molateli oa ntlo ea Davida haese moloko oa Juda o le mong.+

21 Ha Roboame a fihla Jerusalema,+ kapele-pele a phutha bohle ba ntlo ea Juda le moloko oa Benjamine,+ banna ba khethehileng ba likete tse lekholo le mashome a robeli ba shahlileng bakeng sa ntoa, hore ba loantše ba ntlo ea Iseraele, e le hore a khutlisetse borena ho Roboame mora oa Solomone. 22 Joale lentsoe la Molimo oa ’nete la tla ho Shemaia+ monna oa Molimo oa ’nete,+ la re: 23 “E-re ho Roboame mora oa Solomone morena oa Juda le ho bohle ba ntlo ea Juda le Benjamine le batho ba bang kaofela, 24 ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Le se ke la nyoloha ’me la loantša barab’abo lōna bara ba Iseraele.+ E mong le e mong a khutlele ntlong ea hae, etsoe ntho ena e hlahile ka tšusumetso ea ka.”’”+ Kahoo ba mamela lentsoe la Jehova,+ ’me ba khutlela hae ho ea ka lentsoe la Jehova.+

25 Jeroboame a haha Shikeme+ sebakeng se lithaba sa Efraime ’me a lula teng. Joale a tloha moo ’me a haha Penuele.+ 26 Jeroboame a qala ho re ka pelong:+ “Joale ’muso o tla khutlela ntlong ea Davida.+ 27 Haeba sechaba sena se tsoela pele ho nyoloha ho ea etsa mahlabelo ka tlung ea Jehova Jerusalema,+ lipelo tsa batho bana le tsona li tla tlameha ho khutlela ho khosi ea bona, Roboame morena oa Juda; ka sebele ba tla mpolaea+ ’me ba khutlele ho Roboame morena oa Juda.” 28 Ka lebaka leo morena a tšoara therisano+ eaba o etsa manamane+ a mabeli a khauta ’me o re ho batho: “Ho boima haholo ho lōna ho nyolohela Jerusalema. Molimo oa hao ke enoa,+ Uena Iseraele, ea u ntšitseng naheng ea Egepeta.”+ 29 Joale a beha e ’ngoe Bethele,+ ’me e ’ngoe a e beha Dane.+ 30 Ntho ena ea e-ba sesosa sa sebe,+ ’me batho ba qala ho ea ka pel’a e ’ngoe ho ea fihla Dane.

31 A qala ho etsa ntlo ea libaka tse phahameng+ ’me a etsa baprista ho tsoa ho batho ka kakaretso, bao e neng e se bara ba Levi.+ 32 Jeroboame a etsa mokete ka khoeli ea borobeli ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la khoeli, joaloka mokete o neng o le Juda,+ e le hore a ka etsa linyehelo holim ’a aletare eo a neng a e entse Bethele, ho hlabela manamane ao a neng a a entse; a beha tšebeletsong baprista ba libaka tse phahameng Bethele+ tseo a neng a li entse. 33 A qala ho etsa linyehelo holim ’a aletare eo a neng a e entse Bethele ka letsatsi la leshome le metso e mehlano ka khoeli ea borobeli, ka khoeli eo a neng a iqapetse eona;+ a etsetsa bara ba Iseraele mokete le ho etsa linyehelo holim ’a aletare ho etsa mosi oa sehlabelo.+

13 Joale ho ne ho e-na le monna+ oa Molimo ea neng a tsoile Juda ka lentsoe+ la Jehova ho ea Bethele, ha Jeroboame a ntse a eme aletareng+ ho etsa mosi oa sehlabelo.+ 2 Joale a hoeletsa khahlanong le aletare ka lentsoe la Jehova ’me a re: “Uena aletare, aletare, sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Bona! Mora o tsoetsoe ntlong ea Davida, eo lebitso la hae e leng Josiase!+ Ka sebele o tla hlabela holim ’a hao baprista ba libaka tse phahameng ba etsang mosi oa sehlabelo holim ’a hao, ’me o tla chesetsa masapo a batho holim ’a hao.’”+ 3 Letsatsing leo a fana ka limakatso,+ a re: “Tsena ke limakatso tseo Jehova a buileng ka tsona: Bonang! Aletare e petsohile, ’me ka sebele molora o mafura o leng holim ’a eona o tla qhaloa.”

4 Eitse hang ha morena a utloa lentsoe la monna oa Molimo oa ’nete leo a neng a le hoelelitse khahlanong le aletare e Bethele, hang-hang Jeroboame a otlolla letsoho ho tsoa aletareng, a re: “Mo tšoareng!”+ Kapele-pele letsoho la hae leo a neng a le otlolotse khahlanong le eena la omella, ’me o ne a sa khone ho le khutlisetsa ho eena.+ 5 Aletare ea petsoha hoo molora o mafura o ileng oa qhalana ho tloha aletareng, ho ea ka limakatso tseo monna oa Molimo oa ’nete a neng a fane ka tsona ka lentsoe la Jehova.+

6 Joale morena a araba ’me a re ho monna oa Molimo oa ’nete: “Ka kōpo, nolofatsa sefahleho sa Jehova Molimo oa hao ’me u nthapelle e le hore letsoho la ka le ka busetsoa ho ’na.”+ Monna oa Molimo oa ’nete a nolofatsa+ sefahleho sa Jehova, hoo letsoho la morena le ileng la busetsoa ho eena, ’me la e-ba joaloka pele.+ 7 Morena a tsoela pele ho re ho monna oa Molimo oa ’nete: “Tloo le ’na ntlong ’me u je se matlafatsang,+ ’me ke u fe mpho.”+ 8 Empa monna oa Molimo oa ’nete a re ho morena: “Haeba u ne u mphile halofo ea ntlo+ ea hao ke ne nke ke ka tla le uena+ ’me ke je bohobe kapa ke noe metsi sebakeng sena. 9 Etsoe ke tsela eo a ntaetseng ka eona ka lentsoe la Jehova, a re, ‘U se ke ua ja bohobe+ kapa ua noa metsi, ’me u se ke ua khutla ka tsela eo u ileng ka eona.’” 10 A qala ho tsamaea ka tsela e ’ngoe, ’me ha aa ka a khutla ka tsela eo a neng a tlile Bethele ka eona.

11 Moprofeta+ ea itseng ea tsofetseng o ne a lula Bethele, joale bara ba hae ba kena ’me ba mo phetela mosebetsi oohle oo monna oa Molimo oa ’nete a neng a o entse letsatsing leo Bethele le mantsoe ao a neng a a boleletse morena, eaba ba tsoela pele ho a phetela ntat’a bona. 12 Joale ntat’a bona a bua le bona: “Joale, o tsamaile ka tsela efe?” Kahoo bara ba hae ba mo bontša tsela eo monna oa Molimo oa ’nete ea neng a tsoile Juda a tsamaileng ka eona. 13 Joale a re ho bara ba hae: “Nqhaneheleng esele.” Tumellanong le hoo ba mo qhanehela esele,+ ’me a e palama.

14 A latela monna oa Molimo oa ’nete ’me a mo fumana a lutse tlas’a sefate se seholo.+ Joale a re ho eena: “Na ke uena monna oa Molimo oa ’nete ea tsoileng Juda?”+ eaba o re: “Ke ’na.” 15 A tsoela pele ho re ho eena: “E-ea le ’na ntlong ’me u je bohobe.” 16 Empa a re: “Ha ke khone ho khutla le uena kapa ho kena le uena, ’me nke ke ka ja bohobe kapa ho noa metsi le uena sebakeng sena.+ 17 Etsoe ho builoe le ’na ka lentsoe la Jehova ha thoe,+ ‘U se ke ua ja bohobe kapa ua noa metsi moo. U se ke ua khutla ka tsela eo u ileng ka eona.’”+ 18 A re ho eena: “Le ’na ke moprofeta joaloka uena, ’me lengeloi+ le buile le ’na ka lentsoe la Jehova, le re, ‘E-re a khutlele le uena ntlong ea hao e le hore a ka ja bohobe le ho noa metsi.’” (A mo thetsa.)+ 19 Kahoo a khutla le eena e le hore a ka ja bohobe ka tlung ea hae le ho noa metsi.+

20 Eare ha ba ntse ba lutse tafoleng, lentsoe+ la Jehova la tla ho moprofeta ea neng a mo khutlisitse; 21 ’me a qala ho hoeletsa monna oa Molimo oa ’nete ea neng a tsoile Juda, a re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la hore u fetohetse+ taelo ea Jehova ’me ha ua ka ua boloka taelo eo Jehova Molimo oa hao a u laetseng eona,+ 22 empa u khutlile e le hore u ka ja bohobe le ho noa metsi sebakeng seo ka sona a itseng ho uena: “U se ke ua ja bohobe kapa ua noa metsi,” setopo sa hao se ke ke sa kena sebakeng sa lepato sa baholo-holo ba hao.’”+

23 Eitse ka mor’a hore a je bohobe le ka mor’a hore a noe hang-hang a mo qhanehela esele, ke hore, moprofeta ea neng a mo khutlisitse. 24 A tsamaea. Hamorao tau+ ea mo fumana tseleng ea mo bolaea,+ ’me setopo sa hae sa rapalla tseleng. Esele e ne e eme ka thōko ho sona, le tau e eme ka thōko ho setopo. 25 Ho ne ho e-na le batho ba fetang, hoo ba ileng ba bona setopo se rapaletseng tseleng le tau e emeng ka thōko ho setopo. Joale ba kena ’me ba bua ka hona motseng oo moprofeta ea tsofetseng a neng a lula ho oona.

26 Ha moprofeta ea neng a mo khutlisitse tseleng a utloa ka hona, kapele-pele a re: “Ke monna oa Molimo oa ’nete ea fetohetseng taelo ea Jehova;+ kahoo Jehova o mo file tau, e le hore e ka mo robokella le ho mo bolaea, ho ea ka lentsoe leo Jehova a mo boleletseng lona.”+ 27 A bua le bara ba hae, a re: “Nqhaneheleng esele.” Kahoo ba e qhaneha.+ 28 Joale a tsamaea ’me a fumana setopo sa hae se rapaletse tseleng ’me esele le tau li eme ka thōko ho setopo. Tau e ne e sa ja setopo seo, leha e le ho robokella esele.+ 29 Moprofeta a phahamisa setopo sa monna oa Molimo oa ’nete a se beha holim ’a esele ’me a se khutlisa. Kahoo a kena motseng oa moprofeta ea tsofetseng ho mo llela le ho mo pata. 30 Ka lebaka leo a beha setopo sa hae sebakeng sa hae sa lepato; ’me ba ’na ba mo llela:+ “Ke bomalimabe, mor’eso!” 31 Eitse ka mor’a hore a mo pate a tsoela pele ho re ho bara ba hae: “Ha ke shoa le mpate sebakeng sa lepato seo monna oa Molimo oa ’nete a patiloeng ho sona. Le behe masapo a ka ka thōko ho masapo a hae.+ 32 Etsoe ruri lentsoe leo a le hoelelitseng ka lentsoe la Jehova khahlanong le aletare+ e Bethele le khahlanong le matlo ’ohle a libaka tse phahameng+ tse metseng ea Samaria+ le tla phethahala.”+

33 Ka mor’a ntho ena Jeroboame ha aa ka a furalla tsela ea hae e mpe, empa ho tsoa ho batho ka kakaretso+ a boela a qala ho etsa baprista ba libaka tse phahameng. Ha e le mang kapa mang ea ho thabelang, o ne a tlatsa letsoho la hae ka matla,+ a re: “E ke e be e mong oa baprista ba libaka tse phahameng.” 34 Ka ntho ena ba ntlo ea Jeroboame+ ba ile ba e-ba le sesosa sa sebe ’me ha e-ba le lebaka la ho ba felisa le ho ba timetsa lefatšeng.+

14 Ka nako eo Abija mora oa Jeroboame a kula.+ 2 Kahoo Jeroboame a re ho mosali oa hae: “Ka kōpo, ema ’me u ikhakanye+ e le hore ba se ke ba tseba hore u mosali oa Jeroboame, ’me u ee Shilo. Bona! Ke hona moo moprofeta Akija+ a leng teng. Ke eena ea ileng a bua mabapi le ’na hore ke tla ba morena oa batho bana.+ 3 U nke mahobe+ a leshome le mahobe a fafalitsoeng le botlolo+ ea mahe a linotši letsohong la hao, ’me u kene ho eena.+ Ke eena eo ka sebele a tla u bolella se tla etsahalla moshanyana enoa.”+

4 Mosali oa Jeroboame a etsa joalo. Ka lebaka leo a ema ’me a ea Shilo+ eaba o fihla ntlong ea Akija. Joale Akija o ne a sa khone ho bona, etsoe mahlo a hae a ne a sa panye ka lebaka la lilemo tsa hae.+

5 Jehova o ne a itse ho Akija: “Mosali oa Jeroboame ke enoa a tla ho tla kōpa lentsoe ho uena mabapi le mora oa hae; kaha oa kula. U lokela ho bua le eena ka tsela ena le eane. Hang ha a fihla, o tla be a ikhakantse.”+

6 Eitse hang ha Akija a utloa liqi tsa maoto a hae ha a kena monyako, a qala ho re: “Kena, uena mosali oa Jeroboame.+ Ke hobane’ng ha u ikhakanya ha ke romeloa ho uena ka molaetsa o boima? 7 E-ea, u re ho Jeroboame, ‘Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng: “Ka lebaka la hore ke ile ka u phahamisa har’a batho ba heno, e le hore nka u etsa moeta-pele oa sechaba sa ka sa Iseraele,+ 8 ’me ka hahola+ ’muso ntlong ea Davida le ho u fa oona, ’me ha ua ba joaloka mohlanka oa ka Davida, ea ileng a boloka litaelo tsa ka le ea ntatetseng ka pelo eohle ea hae ka ho etsa feela se neng se nepahetse mahlong a ka,+ 9 empa u qalile ho etsa hampe ho feta bohle ba bileng teng pele ho uena, ’me u tsamaile le ho iketsetsa molimo+ e mong le litšoantšo tse entsoeng ka ho qhibilihisoa+ e le ho ntšiteloa,+ ’me u mphuraletse;+ 10 ka lebaka leo bona! ke tlisetsa ntlo ea Jeroboame tlokotsi, ’me ka sebele ke tla felisa ho Jeroboame mang kapa mang ea ntšetsang metsi lerakong,+ ea se nang thuso le ea se nang bohlokoa Iseraele;+ ke tla fiela ntlo ea Jeroboame ka ho feletseng,+ feela joalokaha motho a tlosa bolokoe ho fihlela bo lahliloe.+ 11 Oa Jeroboame ea shoelang motseng, lintja li tla mo ja;+ ea shoelang naheng, linonyana tsa maholimo li tla mo ja,+ hobane Jehova o ho buile.”’

12 “Ema, u ee ntlong ea hao. Ha maoto a hao a kena motseng ka sebele ngoana o tla shoa. 13 Baiseraele bohle ba tla mo llela+ le ho mo pata, hobane enoa a le mong oa Jeroboame o tla kena sebakeng sa lepato; ka lebaka la hore ho hong ho molemo ho Jehova Molimo oa Iseraele ho fumanoe ho eena ka tlung ea Jeroboame.+ 14 Ka sebele Jehova o tla itlhahisetsa morena+ oa Iseraele ea tla felisa ntlo ea Jeroboame ka letsatsi le boletsoeng, ’me ho thoe’ng haeba ke hona joale?+ 15 Jehova o tla roba Baiseraele, feela joalokaha lehlaka le eketheha ka metsing;+ ka sebele o tla fothola+ Baiseraele naheng+ ena e ntle eo a e fileng baholo-holo ba bona, ’me o tla ba hasanyetsa+ ka nģ’ane ho Nōka,+ ka lebaka la hore ba entse lipalo tse halalelang,+ kahoo ba siteloa+ Jehova. 16 O tla nehelana+ ka Baiseraele ka lebaka la libe tsa Jeroboame tseo a sitiloeng ka tsona le tseo a entseng hore Baiseraele ba sitoe ka tsona.”+

17 Eaba mosali oa Jeroboame oa tloha ’me oa tsamaea o fihla Tirza.+ Ha a fihla monyako oa ntlo, moshanyana a shoa. 18 Kahoo ba mo pata, eaba Baiseraele bohle ba qala ho mo bokollela, ho ea ka lentsoe leo Jehova a neng a le buile ka mohlanka oa hae moprofeta Akija.

19 Litaba tse ling kaofela tsa Jeroboame, kamoo a ileng a loana+ le kamoo a ileng a busa kateng, li ngotsoe bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Iseraele. 20 Matsatsi ao Jeroboame a busitseng ka ’ona e ne e le lilemo tse mashome a mabeli a metso e ’meli, ka mor’a moo a robala le baholo-holo ba hae;+ mora oa hae Nadabe+ a qala ho busa sebakeng sa hae.

21 Ha e le Roboame+ mora oa Solomone, e ne e bile morena Juda. Roboame o ne a le lilemo li mashome a mane a motso o mong ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse leshome le metso e supileng, motse+ oo Jehova a neng a o khethile har’a meloko+ eohle ea Iseraele hore a behe lebitso la hae ho oona.+ Lebitso la ’m ’ae e ne e le Naama mosali oa Moammone.+ 22 Bajuda ba tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova,+ hoo ba ileng ba mo susumelletsa+ poulelong ho feta sohle seo baholo-holo ba bona ba neng ba se entse ka libe tsa bona tseo ba sitiloeng ka tsona.+ 23 Le bona ba ’na ba ikahela libaka tse phahameng+ le litšiea tse halalelang+ le lipalo tse halalelang+ holim ’a leralla+ le leng le le leng le phahameng le tlas’a sefate+ se seng le se seng se behang haholo. 24 Esita le letekatse la monna la tempele le ile la e-ba teng naheng.+ Ba etsa ho ea ka lintho tsohle tse manyala tsa lichaba tseo Jehova a neng a li lelekile ka pel’a bara ba Iseraele.+

25 Eitse ka selemo sa bohlano sa Morena Roboame Shishake+ morena oa Egepeta a futuhela Jerusalema. 26 A nka matlotlo a ntlo ea Jehova le matlotlo a ntlo ea morena;+ a nka ntho e ’ngoe le e ’ngoe.+ A tsoela pele ho nka lithebe tsohle tsa khauta tseo Solomone a neng a li entse.+ 27 Ka lebaka leo Morena Roboame a etsa lithebe tsa koporo sebakeng sa tsona, ’me a li beha taolong ea baokameli ba limathi,+ balebeli ba monyako oa ntlo ea morena.+ 28 E ne e re nako le nako ha morena a tla ntlong ea Jehova, limathi li ne li li nka, ’me li li khutlisetsa kamoreng ea balebeli ea limathi.+

29 Litaba tse ling kaofela tsa Roboame le sohle seo a se entseng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa linako tsa marena a Juda? 30 Ntoa ea e-ba teng pakeng tsa Roboame le Jeroboame kamehla.+ 31 Qetellong Roboame a robala le baholo-holo ba hae ’me a patoa le baholo-holo ba hae Motseng oa Davida.+ Lebitso la ’m ’ae e ne e le Naama mosali oa Moammone.+ Mora oa hae Abijame+ a qala ho busa sebakeng sa hae.

15 Ka selemo sa leshome le metso e robeli sa Morena Jeroboame+ mora oa Nebate,+ Abijame ea e-ba morena oa Juda.+ 2 A busa Jerusalema ka lilemo tse tharo; lebitso la ’m ’ae e ne e le Maaka+ setloholo sa Absalome.+ 3 A tsoela pele ho tsamaea libeng tsohle tsa ntat’ae tseo a li entseng pele ho eena; pelo ea hae e ne e sa fella+ ho Jehova Molimo oa hae, joaloka pelo ea moholo-holo oa hae Davida.+ 4 Etsoe, ka lebaka la Davida,+ Jehova Molimo oa hae o ile a mo fa lebone+ Jerusalema ka ho hlahisa mora oa hae ka mor’a hae le ho boloka Jerusalema e le teng,+ 5 hobane Davida o ile a etsa se nepahetseng mahlong a Jehova, ’me ha aa ka a kheloha nthong leha e le efe eo A neng a mo laetse eona ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae,+ haese feela tabeng ea Uria Mohethe.+ 6 Ntoa ea e-ba teng pakeng tsa Roboame le Jeroboame ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae.+

7 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Abijame le sohle seo a se entseng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Juda? Ha boela ha e-ba le ntoa pakeng tsa Abijame le Jeroboame.+ 8 Qetellong Abijame a robala le baholo-holo ba hae eaba ba mo pata Motseng oa Davida;+ ’me mora oa hae Asa+ a qala ho busa sebakeng sa hae.

9 Ka selemo sa mashome a mabeli sa Jeroboame morena oa Iseraele, Asa a busa e le morena oa Juda. 10 A busa Jerusalema ka lilemo tse mashome a mane a motso o mong; lebitso la nkhono’ae e ne e le Maaka+ setloholo sa Absalome.+ 11 Asa a etsa se nepahetseng mahlong a Jehova, joaloka moholo-holo oa hae Davida.+ 12 Ka lebaka leo a tlosa matekatse a banna a tempele naheng+ ’me a tlosa litšoantšo tsohle tse rapeloang+ tse nyonyehang tseo baholo-holo ba hae ba neng ba li entse.+ 13 Esita le+ nkhono’ae Maaka, a mo tlosa hore e se ke ea e-ba mofumahali,+ hobane o ne a etselitse palo e halalelang setšoantšo se rapeloang se tšabehang; ka mor’a moo Asa a heletsa setšoantšo sa hae se rapeloang+ se tšabehang ’me a se+ chesa phuleng ea molapo o phoroselang ea Kidrone.+ 14 Ha aa ka a tlosa+ libaka tse phahameng.+ Leha ho le joalo, pelo ea Asa e ne e feletse ho Jehova ka matsatsi ’ohle a hae.+ 15 A qala ho kenya lintho tse halalelitsoeng ke ntat’ae le lintho tse halalelitsoeng ke eena ka tlung ea Jehova, silevera le khauta le lintho tse ling.+

16 Ntoa ea e-ba teng pakeng tsa Asa le Basha+ morena oa Iseraele ka matsatsi ’ohle a bona. 17 Kahoo Basha morena oa Iseraele a futuhela Juda ’me a qala ho haha Rama,+ hore a se ke a lumella le ea mong ho tsoa kapa ho kena ho Asa morena oa Juda.+ 18 Eaba Asa o nka silevera eohle le khauta e neng e setse matlotlong a ntlo ea Jehova le matlotlong a ntlo ea morena ’me o e beha matsohong a bahlanka ba hae; joale Morena Asa a e romela ho Ben-hadade+ mora oa Tabrimone mora oa Hezione, morena oa Syria,+ ea neng a lula Damaseka,+ a re: 19 “Ho na le selekane pakeng tsa ka le uena, pakeng tsa Ntate le ntat’ao. Bona! ke u rometse mpho+ ea silevera le khauta. Tloo, u robe selekane sa hao le Basha morena oa Iseraele, e le hore a ka ntlohela.”+ 20 Tumellanong le hoo Ben-hadade a mamela Morena Asa eaba o romela balaoli ba mabotho a hae a sesole hore ba futuhele metse ea Iseraele ’me a qala ho hlasela Ijone+ le Dane+ le Abele-bethe-maaka+ le Kinerethe eohle, ho ea fihla naheng eohle ea Nefthali.+ 21 Eitse hang ha Basha a utloa ka hona, kapele-pele a khaotsa ho haha Rama+ ’me a tsoela pele ho lula Tirza.+ 22 Morena Asa a bitsa Bajuda bohle+—ha se ke ha e-ba le ea mong ea siuoang—’me ba nka majoe a Rama le lifate tsa teng, tseo Basha a neng a ntse a haha ka tsona; Morena Asa a qala ho haha Geba+ e Benjamine, le Mizpa ka tsona.+

23 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Asa le matla ’ohle a hae le sohle seo a se entseng le metse eo a e hahileng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Juda? Ke feela nakong ea ho tsofala+ ha hae a ileng a tšoaroa ke lefu la maoto.+ 24 Qetellong Asa a robala le baholo-holo+ ba hae ’me a patoa le baholo-holo ba hae Motseng oa moholo-holo oa hae Davida;+ mora oa hae Josafate+ a qala ho busa sebakeng sa hae.

25 Ha e le Nadabe+ mora oa Jeroboame, ea e-ba morena oa Iseraele ka selemo sa bobeli sa Asa morena oa Juda; a tsoela pele ho busa Iseraele ka lilemo tse peli. 26 A ’na a tsoela pele ho etsa se sebe+ mahlong a Jehova le ho tsoela pele a tsamaea tseleng ea ntat’ae+ le sebeng sa hae seo ka sona a neng a entse hore Baiseraele ba sitoe.+ 27 Basha+ mora oa Akija oa ntlo ea Isakare a qala ho mo rerela bolotsana; Basha a mo bolaela Gibethone,+ eo e neng e le ea Bafilista, ha Nadabe le Baiseraele bohle ba ne ba lika-likelitse Gibethone. 28 Kahoo Basha a mo bolaea ka selemo sa boraro sa Asa morena oa Juda ’me a qala ho busa sebakeng sa hae.+ 29 Eitse hang ha e e-ba morena, a bolaea bohle ba ntlo ea Jeroboame. Ha aa ka a siea mang kapa mang oa Jeroboame ho fihlela a ba felisitse, ho ea ka lentsoe leo Jehova a neng a le buile ka mohlanka oa hae Akija Moshilo,+ 30 ka lebaka la libe tsa Jeroboame tseo ka tsona a neng a sitiloe+ le tseo ka tsona a neng a entse hore Baiseraele ba sitoe le ka ho halefisa ha hae Jehova Molimo oa Iseraele.+ 31 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Nadabe le sohle seo a se entseng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Iseraele? 32 Ntoa ea e-ba teng pakeng tsa Asa le Basha morena oa Iseraele ka matsatsi ’ohle a bona.+

33 Ka selemo sa boraro sa Asa morena oa Juda, Basha mora oa Akija ea e-ba morena oa Baiseraele bohle Tirza ka lilemo tse mashome a mabeli a metso e mene.+ 34 A ’na a etsa se sebe mahlong a Jehova+ eaba o qala ho tsamaea tseleng ea Jeroboame+ le sebeng sa hae seo ka sona a neng a entse hore Baiseraele ba sitoe.+

16 Joale lentsoe la Jehova la tla ho Jehu+ mora oa Hanani+ khahlanong le Basha, la re: 2 “Kahobane ke u phahamisitse lerōleng+ e le hore nka u etsa moeta-pele holim ’a sechaba sa ka sa Iseraele,+ empa u qalile ho tsamaea ka tsela ea Jeroboame+ kahoo ua etsa hore sechaba sa ka sa Iseraele se etse sebe ka ho ntšiteloa ka libe tsa sona,+ 3 bona! ke fiela Basha le ba ntlo ea hae ka ho feletseng, ’me ka sebele ke tla etsa hore ba ntlo ea hae ba be joaloka ba ntlo ea Jeroboame mora oa Nebate.+ 4 Mang kapa mang oa Basha ea shoelang motseng lintja li tla mo ja; mang kapa mang oa hae ea shoelang naheng linonyana tsa maholimo li tla mo ja.”+

5 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Basha le tseo a li entseng le matla a hae, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Iseraele? 6 Qetellong Basha a robala le baholo-holo ba hae ’me a patoa Tirza;+ mora oa hae Ela a qala ho busa sebakeng sa hae. 7 Lentsoe la Jehova le ne le tlile ka Jehu mora oa moprofeta Hanani, khahlanong le Basha le ba ntlo+ ea hae, ka lebaka la bobe bohle boo a bo entseng mahlong a Jehova ka ho mo siteloa+ ka mosebetsi oa matsoho+ a hae, e le hore ba ka ba joaloka ba ntlo ea Jeroboame, le kahobane a mo bolaile.+

8 Ka selemo sa mashome a mabeli a metso e tšeletseng sa Asa morena oa Juda, Ela mora oa Basha ea e-ba morena oa Iseraele Tirza ka lilemo tse peli. 9 Mohlanka oa hae Zimri+ mookameli oa halofo ea likoloi a qala ho mo rerela bolotsana, ha a ntse a le Tirza a noa+ hore a tahoe ntlong ea Arza, ea neng a okametse lelapa+ Tirza. 10 Zimri a kena ’me a mo otla a mo bolaea+ ka selemo sa mashome a mabeli a metso e supileng sa Asa morena oa Juda, eaba o qala ho busa sebakeng sa hae. 11 Eitse ha a qala ho busa, hang ha a lula teroneng ea hae, a bolaea bohle ba ntlo ea Basha. Ha aa ka a siea mang kapa mang oa hae ea ntšetsang metsi lerakong+ kapa bapheteletsi ba hae ba mali+ kapa metsoalle ea hae. 12 Kahoo Zimri a felisa bohle ba ntlo ea Basha,+ ho ea ka lentsoe leo Jehova+ a neng a le buile khahlanong le Basha ka moprofeta Jehu,+ 13 ka lebaka la libe tsohle tsa Basha le libe tsa mora oa hae Ela+ tseo ka tsona ba neng ba sitiloe le tseo ka tsona ba neng ba entse hore Baiseraele ba sitoe ka ho khopisa Jehova Molimo oa Iseraele ka litšoantšo tsa bona tse rapeloang tsa lefeela.+ 14 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Ela le sohle seo a se entseng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Iseraele?

15 Ka selemo sa mashome a mabeli a metso e supileng sa Asa morena oa Juda, Zimri ea e-ba morena ka matsatsi a supileng+ Tirza, ha batho ba ntse ba hlomme liahelo khahlanong le Gibethone,+ eo e neng e le ea Bafilista. 16 Ka mor’a nako batho ba neng ba hlomme liahelo ba utloa ho thoe: “Zimri o rerile bolotsana ’me o bolaile morena.” Kahoo Baiseraele bohle ba etsa Omri,+ molaoli oa lebotho, morena oa Iseraele letsatsing leo liahelong. 17 Joale Omri hammoho le Baiseraele bohle ba nyoloha Gibethone ’me ba qala ho thibella+ Tirza. 18 Eitse hang ha Zimri a bona hore motse o hapuoe, joale a kena ka toreng ea bolulo ea ntlo ea morena ’me a icheselletsa le ntlo ea morena ka mollo, hoo a ileng a shoa,+ 19 ka lebaka la libe tsa hae tseo ka tsona a neng a sitiloe ka ho etsa se sebe mahlong a Jehova+ ka ho tsamaea tseleng ea Jeroboame le sebeng sa hae seo a ileng a se etsa ka ho etsa hore Baiseraele ba sitoe.+ 20 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Zimri le morero oa hae oa bolotsana oo ka oona a neng a rerile bolotsana, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Iseraele?

21 Joale sechaba sa Iseraele sa qala ho ikarola likarolo tse peli.+ Ho ne ho e-na le karolo e ’ngoe ea sechaba e ileng ea e-ba balateli ba Tibni mora oa Ginathe, ho mo etsa morena, ’me karolo e ’ngoe e le balateli ba Omri. 22 Qetellong sechaba se neng se latela Omri sa hlōla sechaba se neng se latela Tibni mora oa Ginathe; hoo Tibni a ileng a shoa, ’me Omri a qala ho busa.

23 Ka selemo sa mashome a mararo a motso o mong sa Asa morena oa Juda, Omri ea e-ba morena oa Iseraele ka lilemo tse leshome le metso e ’meli. A busa ka lilemo tse tšeletseng Tirza. 24 A reka thaba ea Samaria ho Shemere ka litalenta tse peli tsa silevera, ’me a qala ho haha thabeng le ho reha motse oo a neng a o hahile lebitso la Shemere mong’a thaba eo, Samaria.+ 25 Omri a ’na a etsa se sebe mahlong a Jehova eaba o etsa ho hobe ho feta bohle ba neng ba bile teng pele ho eena.+ 26 A qala ho tsamaea tseleng eohle ea Jeroboame mora oa Nebate+ le sebeng sa hae seo ka sona a neng a entse hore Baiseraele ba sitoe ka ho halefisa Jehova Molimo oa Iseraele ka litšoantšo tsa bona tse rapeloang tsa lefeela.+ 27 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Omri, seo a se entseng le matla a hae ao a ileng a etsa ka ’ona, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Iseraele? 28 Qetellong Omri a robala le baholo-holo ba hae ’me a patoa Samaria; mora oa hae Akabe+ a qala ho busa sebakeng sa hae.

29 Ha e le Akabe mora oa Omri, ea e-ba morena oa Iseraele ka selemo sa mashome a mararo a metso e robeli sa Asa morena oa Juda; Akabe mora oa Omri a tsoela pele ho busa Baiseraele Samaria+ ka lilemo tse mashome a mabeli a metso e ’meli. 30 Akabe mora oa Omri a etsa ho hobe mahlong a Jehova ho feta bohle ba neng ba bile teng pele ho eena.+ 31 Joalokaha eka e ne e le ntho e sa reng letho+ ho hang ho eena ho tsamaea libeng tsa Jeroboame+ mora oa Nebate, joale a nka Jezebele+ morali oa Ethebaale morena oa Basidone+ hore e be mosali+ oa hae ’me a qala ho ea le ho sebeletsa Baale+ le ho mo inamela. 32 Ho ekelletsa moo, a hlomela Baale aletare ka tlung+ ea Baale eo a e hahileng Samaria. 33 Akabe a tsoela pele ho etsa palo e halalelang;+ Akabe a etsa ho eketsehileng ho siteloa+ Jehova Molimo oa Iseraele ho feta marena ’ohle a Iseraele a neng a bile teng pele ho eena.

34 Matsatsing a hae Hiele Mobethele a haha Jeriko. A beha motheo oa eona ka ho lahleheloa ke letsibolo la hae Abirame, ’me a emisa mamati a eona ka ho lahleheloa ke ngoana oa hae e monyenyane Segube, ho ea ka lentsoe leo Jehova a le buileng ka Joshua mora oa Nune.+

17 Elia+ Motishba ea tsoang ho baahi ba Gileade+ a re ho Akabe: “Ka Jehova Molimo oa Iseraele ea phelang+ eo ke emeng+ ka pel’a hae, lilemong tsena ho ke ke ha e-ba le phoka kapa pula,+ haese ka taelo ea lentsoe la ka!”+

2 Joale lentsoe+ la Jehova la tla ho eena, la re: 3 “Tloha mona, u lebise tsela ea hao nģ’a bochabela ’me u ipate+ phuleng ea molapo o phoroselang ea Kerithe e ka bochabela ho Jordane. 4 U tla noa+ phuleng ea molapo o phoroselang, ’me ka sebele ke tla laela makhoaba+ hore a u fe lijo moo.”+ 5 Kapele-pele a ea ’me a etsa ho ea ka lentsoe la Jehova,+ kahoo a tsamaea ’me a lula phuleng ea molapo o phoroselang ea Kerithe e ka bochabela ho Jordane. 6 Makhoaba a ne a mo tlisetsa bohobe le nama hoseng le bohobe le nama ka shoalane, ’me a ’na a noa+ phuleng ea molapo o phoroselang. 7 Empa eare bofelong ba matsatsi a itseng phula ea molapo o phoroselang ea psha,+ hobane ho ne ho sa ka ha e-ba le pula ea litloebelele lefatšeng.

8 Joale lentsoe la Jehova la tla ho eena, la re:+ 9 “Tloha, u ee Sarepta,+ ea Sidone, ’me u lule moo. Bona! Ka sebele ke tla laela mosali moo, mohlolohali, hore a u fe lijo.” 10 Ka lebaka leo a tloha ’me a ea Sarepta eaba o kena monyakong oa motse; bonang! mosali oa mohlolohali o ne a roalla patsi moo. Kahoo a mo hoeletsa ’me a re: “Ka kōpo, ntlele metsinyana ka sejana e le hore nka noa.”+ 11 Ha a qala ho ea hore a tle le ’ona, a tsoela pele ho mo hoeletsa ’me a re: “Ka kōpo, ntlele bohobe+ ka letsoho.” 12 A re: “Ka Jehova Molimo oa hao ea phelang,+ ha ke na polokoe,+ haese lefupu+ la phofo ka nkhong e khōlō le oli+ e nyenyane ka nkhong e nyenyane; bona! ke roalla likotoana tse seng kae tsa patsi, ke tla kena ’me ke etse ho hong bakeng sa ka le mora oa ka, ’me re tla lokela ho ho ja ebe rea shoa.”+

13 Joale Elia a re ho eena: “U se ke ua tšoha.+ Kena, u etse ho ea ka lentsoe la hao. Feela u nketsetse polokoe e nyenyane ka se teng ka moo pele,+ u e tlise ho ’na, ’me ka mor’a moo u ka etsa ho hong bakeng sa hao le mora oa hao. 14 Etsoe sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘Nkho e khōlō ea phofo e ke ke ea fela, le nkho e nyenyane ea oli e ke ke ea fela ho fihlela letsatsing leo ka lona Jehova a fanang ka pula ea litloebelele holim ’a lefatše.’”+ 15 Kahoo a tsamaea eaba o etsa ho ea ka lentsoe la Elia; a tsoela pele ho ja, mosali eo hammoho le eena le ba ntlo ea hae, ka matsatsi-tsatsi.+ 16 Nkho e khōlō ea phofo ha ea ka ea fela, le nkho e nyenyane ea oli ha ea ka ea fela,+ ho ea ka lentsoe la Jehova leo a neng a le buile ka Elia.

17 Eitse ka mor’a lintho tsena mora oa mosali eo, mong’a ntlo, a kula, ’me boloetse ba hae ba tota hoo ho neng ho se phefumoloho e setseng ho eena.+ 18 A re ho Elia: “Taba ea ka le uena ke efe,+ Uena monna oa Molimo oa ’nete? U tlile ho ’na ho tla nkhopotsa+ phoso ea ka le ho bolaea mora oa ka.” 19 Empa a re ho eena: “Mphe mora oa hao.” Joale a mo nka sefubeng sa hae ’me a mo isa kamoreng e marulelong,+ moo a neng a lula teng, ’me a mo robatsa setulong sa hae se kang bethe.+ 20 A qala ho hoeletsa ho Jehova ’me a re: “Jehova Molimo oa ka,+ na u tla hlahisetsa le mohlolohali enoa eo ke lulang le eena ke le mojaki kotsi ka hore u bolaee mora oa hae?” 21 A paqama holim ’a ngoana+ ka makhetlo a mararo ’me a hoeletsa ho Jehova a re: “Jehova Molimo oa ka, ka kōpo, etsa hore moea+ oa ngoana enoa o khutlele ka hare ho eena.” 22 Qetellong Jehova a mamela lentsoe+ la Elia, hoo moea oa ngoana o ileng oa khutlela ka hare ho eena ’me a phela.+ 23 Joale Elia a nka ngoana ’me a mo theola kamoreng e marulelong ho ea ka tlung ’me a mo fa ’m ’ae; joale Elia a re: “Bona, mora oa hao oa phela.”+ 24 Ka mor’a moo mosali eo a re ho Elia: “Joale, ka sebele, kea tseba hore u monna oa Molimo+ le hore lentsoe la Jehova le molomong oa hao ke ’nete.”+

18 Eitse ka mor’a matsatsi+ a mangata lentsoe la Jehova la tla ho Elia ka selemo sa boraro, la re: “E-ea, u iponahatse ho Akabe, joalokaha ke entse qeto ea ho fana ka pula holim ’a lefatše.”+ 2 Tumellanong le hoo Elia a ea ho iponahatsa ho Akabe, ha tlala e sa ntse e le khōlō+ Samaria.

3 Khabareng, Akabe a bitsa Obadia, ea neng a okametse lelapa.+ (Joale Obadia o ne a tšaba+ Jehova haholo. 4 Kahoo eare ha Jezebele+ a felisa baprofeta+ ba Jehova, Obadia a nka baprofeta ba lekholo ’me a ba boloka ba patiloe ka lihlopha tsa ba mashome a mahlano ka lehaheng, ’me a ba fa bohobe le metsi.)+ 5 Akabe a tsoela pele ho re ho Obadia: “Pholletsa le naha lilibeng tsohle tsa metsi le liphuleng tsohle tsa melapo e phoroselang. Mohlomong re ka fumana joang bo botala,+ e le hore re ka boloka lipere le limmoulo li phela ’me re se ke ra felloa ke liphoofolo tse ling hape.”+ 6 Kahoo ba arolelana naha eo ba neng ba tla feta ho eona. Akabe a ea a le mong ka tsela e ’ngoe, ’me Obadia a ea a le mong ka tsela e ’ngoe.+

7 Ha Obadia a ntse a tsoela pele tseleng, bonang! Elia o ne a tlil’o mo khahlanyetsa.+ Hang-hang a mo hlokomela eaba o itihela fatše ka sefahleho+ ’me o re: “Na ke uena, moren ’a ka+ Elia?” 8 A re ho eena: “Ke ’na. E-ea, u re ho morena oa hao,+ ‘Elia ke enoa.’” 9 Empa a re: “Ke entse sebe+ sefe hoo u lokelang ho beha mohlanka oa hao letsohong la Akabe hore a mpolaee? 10 Ka Jehova Molimo oa hao ea phelang,+ ha ho na sechaba kapa ’muso moo moren ’a ka a sa romeletsang teng ho u batla. Ka mor’a hore ba re, ‘Ha a eo mona,’ o ile a hlapantša ’muso oo le sechaba hore ha sea ka sa u fumana.+ 11 Joale u re, ‘E-ea, u re ho morena oa hao: “Elia ke enoa.”’ 12 Etlare ha ke tloha ho uena, joale moea+ oa Jehova o tla u isa hōle moo nke keng ka tseba; ke tla be ke tlil’o bolella Akabe, ’me a ke ke a u fumana, ’me o tla mpolaea,+ kaha mohlanka oa hao o tšabile Jehova ho tloha bocheng ba hae.+ 13 Na moren ’a ka ha aa bolelloa seo ke se entseng ha Jezebele a bolaea baprofeta ba Jehova, kamoo ke ileng ka boloka baprofeta ba bang ba Jehova ba patiloe, banna ba lekholo ka lihlopha tsa ba mashome a mahlano ka lehaheng,+ ’me ka ’na ka ba fa bohobe le metsi?+ 14 Joale u re, ‘E-ea, u re ho morena oa hao: “Elia ke enoa.”’ O tla mpolaea.”+ 15 Leha ho le joalo, Elia a re: “Ka Jehova oa mabotho+ ea phelang+ eo ke emeng ka pel’a hae, kajeno ke tla iponahatsa ho eena.”

16 Ka lebaka leo Obadia a tsamaea ho ea kopana le Akabe ’me a mo bolella; kahoo Akabe a tsamaea ho ea kopana le Elia.

17 Eitse hang ha Akabe a bona Elia, kapele-pele Akabe a re ho eena: “Na ke uena eo, ea tlisetsang Iseraele khathatso?”+

18 A re: “Ha kea tlisetsa Iseraele khathatso,+ empa e tlisitsoe ke uena le ntlo ea ntat’ao,+ hobane le tlohetse litaelo tsa Jehova,+ ’me le latetse bo-Baale.+ 19 Joale romeletsa, u bokellele Baiseraele bohle ho ’na Thabeng ea Karmele+ le baprofeta ba Baale+ ba makholo a mane le mashome a mahlano le baprofeta ba makholo a mane ba palo e halalelang,+ ba jellang tafoleng ea Jezebele.”+ 20 Akabe a romeletsa har’a bara bohle ba Iseraele ’me a bokella baprofeta+ Thabeng ea Karmele.

21 Joale Elia a atamela batho bohle ’me a re: “Le tla ’ne le qeaqee halelele hakae pakeng tsa maikutlo a mabeli a fapaneng?+ Haeba Jehova ke Molimo oa ’nete, mo lateleng;+ empa haeba Baale ke eena, mo lateleng.” Batho ha baa ka ba bua lentsoe ho mo araba. 22 Elia a tsoela pele ho re ho batho: “Ke setse ke le moprofeta oa Jehova,+ ’na ke le mong, ha baprofeta ba Baale e le banna ba makholo a mane le mashome a mahlano. 23 Joale e-reng ba re fe lipohoana tse peli, ’me ba ikhethele pohoana e le ’ngoe ba e pome likoto le ho e beha holim ’a patsi, empa ha baa lokela ho e hotetsa. Ke tla lokisa pohoana e ’ngoe, ’me ke tla e beha holim ’a patsi, empa nke ke ka e hotetsa. 24 Le tla ipiletsa lebitsong la molimo oa lōna,+ ’me ke tla ipiletsa lebitsong la Jehova; Molimo oa ’nete ea arabelang ka mollo+ ke eena Molimo oa ’nete.”+ Batho bohle ba araba ba re: “Ntho eo e molemo.”

25 Joale Elia a re ho baprofeta ba Baale: “Ikhetheleng pohoana e le ’ngoe ’me le e lokise pele, hobane ke lōna ba bangata; le ipiletse lebitsong la molimo oa lōna, empa le se ke la e hotetsa.” 26 Ka lebaka leo ba nka pohoana eo a ba fileng eona. Joale ba e lokisa, ’me ba ’na ba ipiletsa lebitsong la Baale ho tloha hoseng ho fihlela motšehare, ba re: “Baale, re arabe!” Empa ho ne ho se na lentsoe,+ ’me ho ne ho se na ea arabang.+ Ba ’na ba qhiletsa ho potoloha aletare eo ba neng ba e entse. 27 Motšehare Elia a qala ho ba soma+ le ho re: “Hoeletsang ka mantsoe a phahameng, kaha ke molimo;+ etsoe o lokela ebe o tšoarehile ka taba e itseng, hape o tšoeroe ke mantle+ ’me o lokela ho ea ntloaneng.+ Kapa mohlomong o robetse ’me o tšoanela ho tsoha!”+ 28 Ba hoeletsa ka mantsoe a phahameng ’me ba itšeha+ ka lithipa tse sehang ka nģa tse peli le ka marumo ho ea ka tloaelo ea bona, ho fihlela ba entse hore ba tšolohe mali. 29 Hang ha motšehare o fetile ’me ba tsoetse pele ho itšoara joaloka baprofeta+ ho fihlela ha ho etsoa nyehelo ea lijo-thollo, ho ne ho se na lentsoe, ho ne ho se na ea arabang, ’me ho sa eloe hloko.+

30 Qetellong Elia a re ho batho bohle: “Nkatameleng.” Kahoo batho bohle ba mo atamela. Joale a lokisa aletare ea Jehova e neng e qhaqhiloe.+ 31 Kahoo Elia a nka majoe a leshome le metso e ’meli, ho ea ka palo ea meloko ea bara ba Jakobo, eo lentsoe la Jehova le neng le tlile ho eena,+ le re: “Lebitso la hao e tla ba Iseraele.”+ 32 A tsoela pele ho haha aletare+ ka majoe ao ka lebitso la Jehova+ le ho etsa foro, ea hoo e ka bang sebaka se jetsoeng peō ea litekanyo tse peli tsa seah, ho pota-pota aletare ka hohle. 33 Ka mor’a moo a hlophisa likotoana tsa patsi+ a poma pohoana likoto ’me a e beha holim ’a likotoana tsa patsi. Joale a re: “Tlatsang linkho tse ’nè tse khōlō ka metsi ’me le a tšele holim ’a nyehelo ea secheso le holim ’a likotoana tsa patsi.” 34 Joale a re: “Ho etseng hape.” Kahoo ba ho etsa hape. Empa a re: “Ho etseng ka lekhetlo la boraro.” Kahoo ba ho etsa ka lekhetlo la boraro. 35 Kahoo metsi a pota-pota aletare ka hohle, ’me a tlatsa le foro ka metsi.

36 Eare hoo e ka bang ka nako+ ea ho etsoa ha nyehelo ea lijo-thollo moprofeta Elia a qala ho atamela ’me a re: “Jehova, Molimo oa Abrahama,+ Isaka+ le Iseraele,+ kajeno ho ke ho tsejoe hore ke uena Molimo Iseraele+ ’me ’na ke mohlanka oa hao le hore ke ka lentsoe+ la hao ke entseng lintho tsena tsohle. 37 Nkarabe, Jehova, nkarabe, e le hore batho bana ba ka tseba hore uena, Jehova,+ u Molimo oa ’nete le hore u khutlisitse lipelo tsa bona.”+

38 Eaba mollo+ oa Jehova oa theoha ’me o chesa nyehelo ea secheso+ le likotoana tsa patsi le majoe le lerōle, ’me oa nyeka metsi a neng a le ka forong.+ 39 Ha batho bohle ba bona seo, kapele-pele ba itihela fatše ka lifahleho+ ’me ba re: “Jehova ke Molimo oa ’nete! Jehova ke Molimo oa ’nete!” 40 Joale Elia a re ho bona: “Tšoarang baprofeta ba Baale! Le se ke la lumella le ea mong oa bona ho phonyoha!” Hang-hang ba ba tšoara, joale Elia a ba theolela phuleng ea molapo o phoroselang ea Kishone+ ’me a ba bolaela moo.+

41 Joale Elia a re ho Akabe: “Nyoloha, u je ’me u noe;+ etsoe ho na le molumo oa pula ea litloebelele.”+ 42 Akabe a nyoloha ho ea ja le ho noa. Ha e le Elia, a nyolohela tlhōrōng ea Karmele ’me a qala ho kokomala+ a kentse sefahleho sa hae pakeng tsa mangole.+ 43 Joale a re ho mohlanka oa hae: “Ka kōpo, nyoloha. U talime ka nģa ea leoatle.” Kahoo a nyoloha ’me a talima eaba o re: “Ha ho letho ho hang.” A tsoela pele ho re, “Khutlela teng,” ka makhetlo a supileng.+ 44 Eitse ka lekhetlo la bosupa a re: “Bona! Ho na le leru le lenyenyane le joaloka seatla sa motho le nyolohang leoatleng.”+ Joale a re: “Nyoloha, u re ho Akabe, ‘Qhaneha!+ U theohe e le hore pula ea litloebelele e se ke ea u thibella ho tsamaea!’” 45 Khabareng maholimo a fifatsoa ke maru le moea+ ’me ha qala ho na pula e ngata ea litloebelele.+ Akabe a ’na a palama ’me a ea Jezriele.+ 46 Letsoho la Jehova la e-ba holim ’a Elia,+ hoo a ileng a itlama letheka+ ’me a matha ka pel’a Akabe ho ea fihla Jezriele.+

19 Joale Akabe+ a bolella Jezebele+ tsohle tseo Elia a neng a li entse le tsohle tsa kamoo a bolaileng baprofeta bohle ka sabole.+ 2 Eaba Jezebele o romela lenģosa ho Elia, o re: “E se eka melimo e ka etsa joalo,+ ’me e se eka e ka ekelletsa ho seo,+ haeba hosasane ka nako ena nke ke ka etsa hore moea oa hao o be joaloka oa e mong le e mong oa bona!” 3 A tšoha. Ka lebaka leo a tloha ’me a qala ho tsamaea hore a pholose moea+ oa hae ’me a fihla Beerseba,+ ea Juda.+ Joale a siea mohlanka oa hae moo. 4 A ea lefeelleng leeto la letsatsi, qetellong a tla ’me a lula tlas’a sehlahla se itseng sa lefielo.+ A qala ho kōpa hore moea oa hae o shoe ’me a re: “Ho lekane! Joale, Jehova, tlosa+ moea oa ka, etsoe ha ke molemo ho feta baholo-holo ba ka.”

5 Qetellong a robala ’me a khaleha tlas’a sehlahla sa lefielo.+ Empa, bonang! joale lengeloi+ le ne le mo ama.+ La re ho eena: “Tsoha, u je.” 6 Ha a talima, hloohong ea hae ho ne ho e-na le polokoe+ holim ’a majoe a chesang le jeke ea metsi. A qala ho ja le ho noa, ka mor’a moo a boela a robala. 7 Hamorao lengeloi+ la Jehova la khutla ka lekhetlo la bobeli ’me la mo ama la re: “Tsoha, u je, etsoe leeto le boima bakeng sa hao.”+ 8 Kahoo a tsoha eaba oa ja le ho noa, ’me a ’na a tsamaea ka matla a lijo tseo ka matsatsi a mashome a mane+ le masiu a mashome a mane ho ea fihla thabeng ea Molimo oa ’nete, Horebe.+

9 Qetellong a kena ka lehaheng+ moo, e le hore a ka hlola bosiu teng; bonang! ho ne ho e-na le lentsoe la Jehova bakeng sa hae, eaba le tsoela pele ho re ho eena: “U batla’ng mona, Elia?”+ 10 Eaba o re: “Ke ’nile ka boulella+ Jehova Molimo oa mabotho ka ho feletseng; etsoe bara ba Iseraele ba tlohetse selekane+ sa hao, ba qhaqhile lialetare tsa hao,+ ’me ba bolaile baprofeta ba hao ka sabole,+ hoo ke setseng ke le mong;+ ba qala ho batla moea oa ka hore ba o tlose.”+ 11 Empa la re: “Tsoa, ’me u eme thabeng ka pel’a Jehova.”+ Bonang! Jehova o ne a feta,+ hape moea o matla le o moholo o ne o petsola lithaba ebile o roba mafika ka pel’a Jehova.+ (Jehova o ne a se moeeng oo.) Ka mor’a moea ha e-ba le tšisinyeho.+ (Jehova o ne a se tšisinyehong eo.) 12 Ka mor’a tšisinyeho ha e-ba le mollo.+ (Jehova o ne a se mollong oo.) Ka mor’a mollo ha e-ba le lentsoe le bonolo, le tlaase.+ 13 Eitse hang ha Elia a le utloa, kapele-pele a ithatela sefahleho ka seaparo sa hae se khethehileng+ ’me a tsoela ka ntle ’me a ema monyako oa lehaha; bonang! ho ne ho e-na le lentsoe bakeng sa hae, eaba le qala ho re ho eena: “U batla’ng mona, Elia?”+ 14 A re: “Ke ’nile ka boulella Jehova Molimo oa mabotho ka ho feletseng; etsoe bara ba Iseraele ba tlohetse selekane+ sa hao, ba qhaqhile lialetare tsa hao, ’me ba bolaile baprofeta ba hao ka sabole, hoo ke setseng ke le mong; ba qala ho batla moea oa ka hore ba o tlose.”+

15 Joale Jehova a re ho eena: “E-ea, u khutlele tseleng e eang lefeelleng la Damaseka;+ u kene ’me u tlotse+ Hazaele+ e le morena oa Syria. 16 U lokela ho tlotsa Jehu+ setloholo sa Nimshi+ hore e be morena oa Iseraele; u lokela ho tlotsa Elisha+ mora oa Shafate ea tsoang Abele-mehola+ hore e be moprofeta sebakeng sa hao.+ 17 Ea phonyohang sabole ea Hazaele,+ Jehu o tla mo bolaea;+ ea phonyohang sabole ea Jehu, Elisha o tla mo bolaea.+ 18 Ke siile ba likete tse supileng Iseraele,+ mangole ’ohle a sa kang a khumamela Baale,+ le molomo o mong le o mong o sa kang oa mo aka.”+

19 Ka lebaka leo a tloha moo ’me a fumana Elisha mora oa Shafate a ntse a lema+ ka lipane tse leshome le metso e ’meli ka pel’a hae, ’me eena a le ho sa leshome le metso e ’meli. Kahoo Elia a tšelela ho eena ’me a akhela seaparo sa hae se khethehileng+ holim ’a hae. 20 Eaba o tlohela lipoho ’me o qala ho matha ka mor’a Elia o re: “Ka kōpo, e-re ke ake Ntate le ’Mè.+ Joale ke tla u latela.” A re ho eena: “E-ea, u khutle; etsoe ke u entse’ng?” 21 Kahoo a khutla ho mo lateleng ’me joale a nka sepane sa lipoho eaba o li etsa sehlabelo,+ a pheha nama ea tsona ka lisebelisoa+ tsa lipoho ’me joale a e fa batho, eaba baa ja. Ka mor’a moo a ema ’me a latela Elia ’me a qala ho mo sebeletsa.+

20 Ha e le Ben-hadade+ morena oa Syria, a bokella mabotho ’ohle a hae a sesole+ hammoho le marena a mashome a mararo a metso e ’meli le lipere+ le likoloi,+ eaba oa nyoloha ’me o thibella+ Samaria+ le ho e loantša. 2 Joale a romela manģosa+ ho Akabe morena oa Iseraele motseng. A tsoela pele ho re ho eena: “Sena ke seo Ben-hadade a se boletseng, 3 ‘Silevera ea hao le khauta ea hao ke tsa ka, le basali ba hao le bara ba hao, ba ponahalo e ntle ka ho fetisisa, ke ba ka.’”+ 4 Morena oa Iseraele a araba ’me a re: “Ho ea ka lentsoe la hao, khosi ea ka morena, ke oa hao le sohle seo ke nang le sona.”+

5 Hamorao manģosa a khutla ’me a re: “Sena ke seo Ben-hadade a se boletseng, ‘Ke romelelitse ho uena, ka re: “U tla mpha silevera ea hao le khauta ea hao le basali ba hao le bara ba hao. 6 Empa hosasane hoo e ka bang ka nako ena ke tla romela bahlanka ba ka ho uena, ’me ba tla batlisisa ntlong ea hao le matlong a bahlanka ba hao; ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lakatsehang+ mahlong a hao ba tla e tšoara, ’me ba tla e nka.”’”

7 Eaba morena oa Iseraele o bitsa banna bohle ba baholo ba naha+ ’me o re: “Ka kōpo, elang hloko ’me le bone hore enoa o batla+ tlokotsi; etsoe o romelelitse ho ’na a batla basali ba ka le bara ba ka le silevera ea ka le khauta ea ka, ’me ha kea ka ka mo hanela ka tsona.” 8 Joale banna bohle ba baholo le batho bohle ba re ho eena: “U se ke ua mamela, ’me u se ke ua lumela.” 9 Kahoo a re ho manģosa a Ben-hadade: “E-reng ho khosi ea ka morena, ‘Sohle seo u se rometseng ho mohlanka oa hao pele ke tla se etsa; empa ntho ena ha ke khone ho e etsa.’” Manģosa a tsamaea ’me a khutlisetsa lentsoe ho eena.

10 Joale Ben-hadade a romeletsa ho eena ’me a re: “E se eka melimo+ e ka etsa joalo ho ’na, ’me e se eka e ka ekelletsa ho seo,+ haeba lerōle la Samaria le tla lekana matsoho a batho bohle ba ntatelang!”+ 11 Morena oa Iseraele le eena a araba ’me a re: “Buang le eena, ‘U se ke ua lumella ea itlamang+ hore a ithorise joaloka ea tlamollang.’”+ 12 Eitse hang ha a utloa lentsoe lena, ha eena le marena ba ntse ba noa+ ka maphepheng, kapele-pele a re ho bahlanka ba hae: “Itokiseng!” Ba qala ho itokisetsa ho hlasela motse.

13 Bonang! Moprofeta ea itseng a atamela Akabe morena oa Iseraele+ a ntan’o re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng,+ ‘Na u bone bongata boo bohle bo boholo? Bona! ke nehelana ka bona letsohong la hao kajeno, ’me ka sebele u tla tseba hore ke ’na Jehova.’”+ 14 Joale Akabe a re: “Ka mang?” eaba o re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ka bahlankana ba likhosana tsa liprofinse.’” Qetellong a re: “Ke mang ea tla qala ntoa?” eaba o re: “Ke uena!”

15 A bala bahlankana ba likhosana tsa liprofinse, ’me ba e-ba makholo a mabeli le mashome a mararo a metso e ’meli;+ ka mor’a bona a bala batho bohle, bara bohle ba Iseraele, ba e-ba likete tse supileng. 16 Ba qala ho tsoa motšehare ha Ben-hadade a ntse a noa hore a tahoe+ ka maphepheng, eena hammoho le marena, marena a mashome a mararo a metso e ’meli a neng a mo thusa. 17 Ha bahlankana+ ba likhosana tsa liprofinse ba tsoa pele, hang-hang Ben-hadade a romeletsa; ba tla ho mo bolella, ba re: “Ho na le banna ba tsoileng Samaria.” 18 Eaba o re: “Ebang ba tsoile bakeng sa khotso, le lokela ho ba tšoara ba phela; kapa ebang ba tsoile bakeng sa ntoa, le lokela ho ba tšoara ba phela.”+ 19 Bana ke ba ileng ba tsoa motseng, bahlankana ba likhosana tsa liprofinse le mabotho a sesole a neng a le ka mor’a bona. 20 E mong le e mong a qala ho bolaea motho oa hae; Basyria+ ba baleha,+ eaba Baiseraele ba ba lelekisa, empa Ben-hadade morena oa Syria a phonyoha a palame pere hammoho le banna ba lipere. 21 Empa morena oa Iseraele a tsoa ’me a ’na a hlasela lipere le likoloi,+ ’me a bolaea Basyria ka polao e khōlō.

22 Hamorao moprofeta+ a atamela morena oa Iseraele ’me a re ho eena: “E-ea, u imatlafatse+ ’me u ele hloko ’me u bone seo u tla se etsa;+ etsoe ha selemo se thoasa morena oa Syria o tla u hlasela.”+

23 Ha e le bahlanka ba morena oa Syria, ba re ho eena: “Molimo oa bona ke Molimo oa lithaba.+ Ke ka lebaka leo ba bileng matla ho re feta. Kahoo, ka lehlakoreng le leng, a re ba loantšetseng naheng e motsitsa ’me re bone hore na re ke ke ra ba matla ho ba feta. 24 U etse sena: Tlosa morena+ e mong le e mong sebakeng sa hae ’me u behe babusisi sebakeng sa ’ona.+ 25 Ha e le uena, u lokela ho ipalla lebotho la sesole le lekanang le lebotho la sesole le oeleng ka lehlakoreng la hao, e be pere bakeng sa pere le koloi bakeng sa koloi; re ba loantšetseng naheng e motsitsa ’me re bone hore na re ke ke ra ba matla ho ba feta.”+ Ka lebaka leo a mamela lentsoe la bona ’me a etsa feela ka tsela eo.

26 Eitse ha selemo se thoasa Ben-hadade a khobokanya Basyria+ ’me a nyolohela Afeke+ bakeng sa ho loantša Baiseraele. 27 Ha e le bara ba Iseraele, ba ne ba khobokantsoe ebile ba filoe+ tse hlokahalang ’me ba qala ho tsoa ho ea kopana le bona; bara ba Iseraele ba hloma liahelo ka pel’a bona joaloka mehlape e menyenyane e ’meli ea lipōli, ha Basyria ba ntse ba tletse lefatše.+ 28 Joale monna oa Molimo+ oa ’nete a atamela ’me a re ho morena oa Iseraele, e, a tsoela pele ho re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la hore Basyria ba itse: “Jehova ke Molimo oa lithaba, ’me hase Molimo oa likhohlo,” ke tla lokela ho nehelana ka bongata bona bo boholo matsohong a lōna,+ ’me ka sebele le tla tseba hore ke ’na Jehova.’”+

29 Ba tsoela pele ba hlomme liahelo ka matsatsi a supileng, bana ba le ka pel’a bane.+ Eare ka letsatsi la bosupa ntoa ea qala; bara ba Iseraele ba qala ho bolaea Basyria, banna ba likete tse lekholo ba tsamaeang ka maoto ka letsatsi le le leng. 30 Ba ileng ba sala ba qala ho balehela Afeke,+ motseng; lerako la oela holim ’a banna ba likete tse mashome a mabeli a metso e supileng ba neng ba setse.+ Ha e le Ben-hadade, a baleha+ ’me qetellong a kena motseng ka kamoreng e ka hare-hare.+

31 Kahoo bahlanka ba hae ba re ho eena: “Bona! joale, re utloile hore marena a ntlo ea Iseraele ke marena a mosa o lerato.+ Ka kōpo, a re itlameng matheka+ ka masela a mokotla+ le ka liropo lihloohong, ’me re tsoeleng ho morena oa Iseraele. Mohlomong o tla boloka moea oa hao o phela.”+ 32 Ka lebaka leo ba itlama matheka ka masela a mokotla, ka liropo lihloohong, eaba ba kena ho morena oa Iseraele ’me ba re: “Mohlanka oa hao Ben-hadade o itse, ‘Ka kōpo, tlohela moea oa ka hore o phele.’” A re: “Na o sa ntse a phela? Ke mor’eso.” 33 Kahoo banna+ bao ba ho nka e le pontšo ea se tlang ’me kapele ba ho nka e le qeto ea hae, eaba ba tsoela pele ho re: “Ben-hadade ke mor’eno.” Eaba o re: “E-eang, le mo late.” Joale Ben-hadade a tsoela ho eena; hang-hang a re a hloelle ka koloing.+

34 Joale Ben-hadade a re ho eena: “Ke tla khutlisa metse+ eo ntat’ao a ileng a e nka ho Ntate; u tla ikabela literata Damaseka ka mokhoa o tšoanang le oo Ntate a ileng a li aba ka oona Samaria.”

“Ha e le ’na, ke tla u tlohela hore u tsamaee ka selekane.”+

A hlaba selekane le eena ’me a mo tlohela hore a tsamaee.

35 Monna ea itseng oa bara ba baprofeta+ a re ho motsoalle oa hae ka lentsoe+ la Jehova: “Ka kōpo, nkotle.” Empa monna eo a hana ho mo otla. 36 Ka hona a re ho eena: “Ka lebaka la hore ha ua ka ua mamela lentsoe la Jehova, bona! u tloha ho ’na, ’me ka sebele tau e tla u bolaea.” Ka mor’a moo a tsamaea a tloha ho eena, eaba tau+ ea mo fumana ’me ea mo bolaea.+

37 A tsoela pele ho fumana monna e mong ’me a re: “Ka kōpo, nkotle.” Kahoo monna eo a mo otla, a mo otla hore a tsoe maqeba.

38 Joale moprofeta eo a tsamaea eaba o emela morena tseleng, ’me a lula a ikhakantse+ a ikoahetse mahlong ka lesela le tlamisang. 39 Eitse ha morena a feta moo, a hoeletsa morena ’me a re:+ “Mohlanka oa hao o ile a kena moo ntoa e leng matla; ’me, bona! monna e mong o ne a tsoa moleng, eaba o tlisa monna e mong ho ’na ’me joale o re, ‘Lebela monna enoa. Haeba ka tsela leha e le efe a ka ba sieo, moea+ oa hao le oona o tla lokela ho nka sebaka sa moea oa hae,+ kapa ho seng joalo u tla bekha talenta ea silevera.’+ 40 Eitse ha mohlanka oa hao a ntse a tšoarehile mona le mane, bona! o ne a tsamaile.” Eaba morena oa Iseraele o re ho eena: “Kahlolo ea hao e joalo. U entse qeto.”+ 41 Ka mor’a moo ka potlako a tlosa lesela le tlamisang leo a ikoahetseng mahlong ka lona, ’me morena oa Iseraele a mo hlokomela, hore o ne a tsoa ho baprofeta.+ 42 Joale a re ho eena: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la hore u tloheletse monna ea nehetsoeng ho ’na bakeng sa timetso+ hore a tsamaee, moea oa hao o tla nka sebaka sa moea oa hae,+ ’me batho ba hao ba nke sebaka sa batho ba hae.’”+ 43 Eaba morena oa Iseraele oa tsamaea o ea ntlong ea hae, a hlomohile a bile a nyahame,+ ’me a tla Samaria.+

21 Ka mor’a lintho tsena ho ne ho e-na le serapa sa morara seo e neng e le sa Nabothe Mojezriele, se neng se le Jezriele,+ ka thōko ho ntlo ea ’muso ea Akabe morena oa Samaria. 2 Kahoo Akabe a bua le Nabothe, a re: “Mphe+ serapa sa hao sa morara,+ e le hore e ka ba serapa+ sa ka sa meroho,+ kaha se haufi le ntlo ea ka; sebakeng sa sona e-re ke u fe serapa sa morara se molemo ho se feta. Kapa haeba ho le molemo mahlong a hao,+ ke tla u fa chelete e le theko ea sona.” 3 Empa Nabothe a re ho Akabe: “Ke ho sa utloahaleng+ ponong ea Jehova,+ hore ke u fe lefa la baholo-holo ba ka.”+ 4 Ka lebaka leo Akabe a kena ka tlung ea hae, a hlomohile ebile a nyahame ka lebaka la lentsoe leo Nabothe Mojezriele a neng a mo boleletse lona, ha a ne a re: “Nke ke ka u fa lefa la baholo-holo ba ka.” Joale a robala holim ’a setulo sa hae se kang bethe ’me a lula a retelelitse sefahleho,+ ’me ha aa ka a ja bohobe.

5 Qetellong mosali oa hae Jezebele+ a kena ho eena ’me a bua le eena: “Ke hobane’ng ha moea oa hao o hlomohile+ ’me u sa je bohobe?” 6 Eaba o bua le eena: “Hobane ke buile le Nabothe Mojezriele ’me ka re ho eena, ‘Mphe serapa sa hao sa morara ka chelete. Kapa, haeba u rata, e-re ke u fe serapa se seng sa morara sebakeng sa sona.’ Empa o itse, ‘Nke ke ka u fa serapa sa ka sa morara.’”+ 7 Joale mosali oa hae Jezebele a re ho eena: “Na joale ke uena ea busang Iseraele?+ Tsoha, u je bohobe ’me pelo ea hao e nyakalle. Ke tla u fa serapa sa morara sa Nabothe Mojezriele.”+ 8 Ka lebaka leo a ngola mangolo+ ka lebitso la Akabe ’me a a tiisa ka tiiso+ ea hae, eaba o romela mangolo ho banna ba baholo+ le bahlomphehi ba neng ba le motseng oa habo ba lulang le Nabothe. 9 Empa a ngola mangolong, a re:+ “Phatlalatsang hore ho itingoe lijo, ’me le etse hore Nabothe a lule a eteletse batho pele. 10 Le lulise banna ba babeli,+ batho ba se nang molemo,+ ka pel’a hae, ’me le re ba pake khahlanong le eena,+ ba re, ‘U rohakile Molimo le morena!’+ Le mo ntše ’me le mo tlepetse ka majoe e le hore a ka shoa.”+

11 Kahoo banna ba motse oa habo, banna ba baholo le bahlomphehi ba neng ba lula motseng oa habo, ba etsa feela joalokaha Jezebele a ne a romelelitse ho bona, feela joalokaha ho ne ho ngotsoe mangolong ao a neng a a rometse ho bona.+ 12 Ba phatlalatsa hore ho itingoe lijo+ ’me ba etsa hore Nabothe a lule a eteletse batho pele. 13 Joale ba babeli ho banna bao, batho ba se nang molemo, ba kena ’me ba lula ka pel’a hae; ’me batho ba se nang molemo ba qala ho paka ka pel’a batho khahlanong le eena, ke hore, Nabothe, ba re: “Nabothe o rohakile Molimo le morena!”+ Ka mor’a moo ba mo ntšetsa mathōkong a motse ’me ba mo tlepetsa ka majoe, hoo a ileng a shoa.+ 14 Joale ba romeletsa ho Jezebele, ba re: “Nabothe o tlepelitsoe ka majoe hoo a shoeleng.”+

15 Eitse hang ha Jezebele a utloa hore Nabothe o tlepelitsoe ka majoe hoo a shoeleng, kapele-pele Jezebele a re ho Akabe: “Tsoha, u hape serapa sa morara sa Nabothe Mojezriele,+ seo a hanneng ho u fa sona ka chelete; etsoe Nabothe ha a sa phela, empa o shoele.” 16 Eitse hang ha Akabe a utloa hore Nabothe o shoele, hang-hang Akabe a tloha, a theohela serapeng sa morara sa Nabothe Mojezriele, ho ea se hapa.+

17 Lentsoe la Jehova+ la tla ho Elia+ Motishba, la re: 18 “Tloha, tsamaea u e’o kopana le Akabe morena oa Iseraele, ea leng Samaria.+ Ke eo ka serapeng sa morara sa Nabothe, moo a theohetseng teng ho ea se hapa. 19 U bue le eena, u re, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Na u bolaile+ ’me u hapile?”’+ U bue le eena, ’me u re, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Sebakeng+ seo lintja li nyekileng mali a Nabothe ho sona, lintja li tla nyeka mali a hao.”’”+

20 Akabe a re ho Elia: “Na u mphumane, Uena sera sa ka?”+ eaba o re: “Ke u fumane. ‘Ka lebaka la hore u ithekisitse bakeng sa ho etsa se sebe mahlong a Jehova,+ 21 bona! ke tlisa tlokotsi holim ’a hao;+ ka sebele ke tla u fiela ka ho feletseng+ ’me ke felise ho Akabe mang kapa mang ea ntšetsang metsi lerakong+ le ea se nang thuso le eo e seng oa bohlokoa Iseraele. 22 Ka sebele ke tla etsa hore ntlo ea hao e be joaloka ntlo ea Jeroboame+ mora oa Nebate le joaloka ntlo ea Basha+ mora oa Akija, bakeng sa tšito eo u sitiloeng ka eona ua ntan’o etsa hore Baiseraele ba etse sebe.’+ 23 Hape mabapi le Jezebele Jehova o buile, a re, ‘Lintja li tla ja Jezebele tšimong ea Jezriele.+ 24 Mang kapa mang oa Akabe ea shoelang motseng lintja li tla mo ja; ’me mang kapa mang ea shoelang naheng linonyana tsa maholimo li tla mo ja.+ 25 Ha ho le ea mong ea neng a tšoana le Akabe,+ ea ithekisitseng bakeng sa ho etsa se sebe mahlong a Jehova, eo mosali oa hae Jezebele+ a mo susumelitseng.+ 26 A qala ho itšoara ka mokhoa o manyala haholo ka ho latela litšoantšo tse rapeloang tse nyonyehang,+ ho tšoana le sohle seo Baamore ba neng ba se entse, bao Jehova a ileng a ba leleka ka pel’a bara ba Iseraele.’”+

27 Eitse hang ha Akabe a utloa mantsoe ana, a hahola liaparo tsa hae ’me a apara lesela la mokotla+ nameng; a qala ho itima lijo ’me a ’na a robala a apere lesela la mokotla le ho tsamaea a nyahame.+ 28 Lentsoe la Jehova la tla ho Elia Motishba, la re: 29 “Na u bone kamoo Akabe a ikokobelitseng kateng ka lebaka la ka?+ Kahobane a ikokobelitse ka lebaka la ka, nke ke ka tlisa tlokotsi matsatsing a hae.+ Ke tla tlisa tlokotsi holim ’a ntlo ea hae matsatsing a mora oa hae.”+

22 Ka lilemo tse tharo ba tsoela pele ho lula ho se na ntoa pakeng tsa Syria le Iseraele. 2 Eitse ka selemo sa boraro Josafate+ morena oa Juda a theohela ho morena oa Iseraele. 3 Joale morena oa Iseraele a re ho bahlanka ba hae: “Na ka sebele lea tseba hore Ramothe-gileade+ ke ea rōna? Leha ho le joalo rea tsila-tsila ho e nka letsohong la morena oa Syria.” 4 A tsoela pele ho re ho Josafate: “Na u tla ea le ’na ntoeng Ramothe-gileade?”+ Josafate a re ho morena oa Iseraele: “Ke tšoana le uena. Sechaba sa ka se tšoana le sechaba sa hao.+ Lipere tsa ka li tšoana le lipere tsa hao.”

5 Leha ho le joalo, Josafate a tsoela pele ho re ho morena oa Iseraele: “Ka kōpo, pele ho tsohle botsa+ lentsoe la Jehova.” 6 Kahoo morena oa Iseraele a phutha baprofeta,+ banna ba ka bang makholo a mane, ’me a re ho bona: “Na ke loantše Ramothe-gileade, kapa ke tlohele?” Ba qala ho re: “Nyoloha,+ ’me Jehova o tla nehelana ka eona letsohong la morena.”

7 Empa Josafate a re: “Na ho sa ntse ho e-na le moprofeta oa Jehova moo? Joale a re botseng ka eena.”+ 8 Eaba morena oa Iseraele o re ho Josafate: “Ho sa ntse ho e-na le monna a le mong eo ho ka botsoang Jehova ka eena;+ empa ka sebele ke mo hloile,+ kaha ha a profete lintho tse molemo malebana le ’na empa o profeta tse mpe+—Mikaia mora oa Imla.” Leha ho le joalo, Josafate a re: “Morena a se ke a bua ntho e joalo.”+

9 Ka lebaka leo morena oa Iseraele a bitsa molaoli+ ea itseng oa lekhotla ’me a re: “Tlisa Mikaia mora oa Imla kapele.”+ 10 Joale morena oa Iseraele le Josafate morena oa Juda ba ne ba lutse e mong le e mong teroneng ea hae, ba apere liaparo,+ seotlong se monyako oa heke ea Samaria; ’me baprofeta bohle ba ne ba itšoara joaloka baprofeta ka pel’a bona.+ 11 Joale Tsedekia mora oa Kenana a iketsetsa manaka a tšepe ’me a re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng,+ ‘Ka ’ona u tla sututsa Basyria ho fihlela u ba felisa.’”+ 12 Baprofeta ba bang bohle ba ne ba profeta se tšoanang le seo, ba re: “Nyolohela Ramothe-gileade ’me u atlehe; ka sebele Jehova o tla nehelana ka eona letsohong la morena.”+

13 Lenģosa le neng le il’o bitsa Mikaia la bua le eena, la re: “Bona, joale! Ka tumellano mantsoe a baprofeta a molemo ho morena. Ka kōpo, lentsoe la hao le ke le be joaloka la e mong oa bona, ’me u bue se molemo.”+ 14 Empa Mikaia a re: “Ka Jehova ea phelang,+ seo Jehova a tla mpolella sona, ke sona seo ke tla se bua.”+ 15 Joale a kena ho morena, eaba morena o re ho eena: “Mikaia, na re loantše Ramothe-gileade, kapa re tlohele?” Hang-hang a re ho eena: “Nyoloha ’me u atlehe; ka sebele Jehova o tla nehelana ka eona letsohong la morena.”+ 16 Eaba morena o re ho eena: “Ke tla u hlapantša ka makhetlo a makae hore u se ke ua mpolella letho haese ’nete feela ka lebitso la Jehova?”+ 17 Kahoo a re: “Ka sebele ke bona Baiseraele bohle ba hasane+ lithabeng, joaloka linku tse se nang molisa.+ Jehova a tsoela pele ho re: ‘Bana ha ba na benghali. E-re e mong le e mong a khutlele ntlong ea hae ka khotso.’”+

18 Joale morena oa Iseraele a re ho Josafate: “Na ha kea ka ka re ho uena, ‘O tla profeta lintho tse mpe malebana le ’na, eseng tse molemo’?”+

19 A tsoela pele ho re: “Ka hona utloa lentsoe la Jehova:+ Ka sebele ke bona Jehova a lutse teroneng+ ea hae ’me lebotho lohle la maholimo le eme pel’a hae, ka ho la hae le letona le ka ho la hae le letšehali.+ 20 Jehova a re, ‘Ke mang ea tla thetsa Akabe, e le hore a ka nyoloha ’me a oela Ramothe-gileade?’ Enoa a qala ho bua hona, ha eane a ntse a bua hoane.+ 21 Qetellong moea+ o mong oa tsoa ’me oa ema ka pel’a Jehova oa re, ‘Ke tla mo thetsa.’ Eaba Jehova o re ho oona, ‘Ka eng?’+ 22 A re, ‘Ke tla tsoa, ’me ka sebele ke tla ba moea o thetsang melomong ea baprofeta+ bohle ba hae.’ Kahoo a re, ‘U tla mo thetsa, ’me ho feta moo, u tla hlōla.+ Tsoa ’me u etse ka tsela eo.’+ 23 Joale bona! Jehova o kentse moea o thetsang melomong ea baprofeta bana ba hao bohle;+ empa Jehova o boletse tlokotsi malebana le uena.”+

24 Joale Tsedekia mora oa Kenana a atamela ’me a otla Mikaia lerameng+ ’me a re: “Ke ka tsela efe moea oa Jehova o ileng oa mpheta hore o bue le uena?”+ 25 Eaba Mikaia o re: “Bona! U tla bona hore na ke ka tsela efe letsatsing la ha u tla be u kena ka kamoreng e ka hare-hare+ ho ea ipata.”+ 26 Joale morena oa Iseraele a re: “Nka Mikaia ’me u mo khutlisetse ho Amone mookameli oa motse le ho Joashe mora oa morena.+ 27 U tla re, ‘Sena ke seo morena a se boletseng:+ “Kenyang motho enoa ka tlung ea botlamuoa+ ’me le mo fepe ka kabelo e fokolitsoeng ea bohobe+ le kabelo e fokolitsoeng ea metsi ho fihlela ke tla ka khotso.”’”+ 28 Ka mor’a moo Mikaia a re: “Haeba u khutla ka khotso, Jehova ha aa bua le ’na.”+ A eketsa: “Utloang, lōna lichaba tsohle.”+

29 Morena oa Iseraele le Josafate morena oa Juda ba nyolohela Ramothe-gileade.+ 30 Joale morena oa Iseraele a re ho Josafate: “Ke tla ikhakanya ’me ke kene ntoeng,+ empa u apare liaparo tsa hao.”+ Ka lebaka leo, morena oa Iseraele a ikhakanya+ ’me a kena ntoeng.+ 31 Ha e le morena oa Syria, o ne a laetse baokameli+ ba mashome a mararo a metso e ’meli ba likoloi tsa hae, a re: “Le se ke la loantša ba banyenyane kapa ba baholo, empa le loantše morena oa Iseraele feela.”+ 32 Eitse hang ha baokameli ba likoloi ba bona Josafate, ba ipolella ho re: “Ka sebele ke morena oa Iseraele.”+ Kahoo ba khelohela ka thōko hore ba mo loantše; Josafate a qala ho hoeletsa ho kōpa thuso.+ 33 Eitse hang ha baokameli ba likoloi ba bona hore hase morena oa Iseraele, kapele-pele ba khutla hore ba se ke ba mo latela.+

34 Ha e-ba le monna e mong ea ileng a koba seqha sa hae a sa rera, empa a hlaba morena oa Iseraele pakeng tsa likarolo tse ling tsa seaparo le seaparo se makhakhapha a tšepe, hoo a ileng a re ho mokhanni oa hae oa koloi:+ “Sokolla letsoho la hao, ’me u ’ntše liahelong, hobane ke ntšitsoe maqeba a mabe.” 35 Ntoa ea ’na ea loela letsatsing leo, ’me morena a lokela ho bolokoa a eme ka koloing a shebile Basyria, ’me qetellong a shoa+ ka shoalane; mali a leqeba a ’na a tšolohela ka har’a koloi ea ntoa.+ 36 Mohoo o sa khaotseng oa qala ho feta liahelong hoo e ka bang ha letsatsi le likela, o re: “E mong le e mong a ee motseng oa habo, ’me e mong le e mong a ee naheng ea habo!”+ 37 Kahoo morena a shoa. Ha a tlisoa Samaria, joale ba pata morena Samaria.+ 38 Ba qala ho hlatsoa koloi ea ntoa letamong la Samaria, ’me lintja tsa nyeka mali+ a hae (’me matekatse a ne a tola teng), ho ea ka lentsoe leo Jehova a neng a le buile.+

39 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Akabe le sohle seo a se entseng le ntlo ea manaka a litlou+ eo a ileng a e haha le metse eohle eo a ileng a e haha, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Iseraele? 40 Qetellong Akabe a robala le baholo-holo ba hae;+ mora oa hae Akazia+ a qala ho busa sebakeng sa hae.

41 Ha e le Josafate+ mora oa Asa, e ne e bile morena oa Juda ka selemo sa bone sa Akabe morena oa Iseraele. 42 Josafate o ne a le lilemo li mashome a mararo a metso e mehlano ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse mashome a mabeli a metso e mehlano; lebitso la ’m ’ae e ne e le Azuba morali oa Shilki. 43 A ’na a tsamaea tseleng eohle ea ntat’ae Asa. Ha aa ka a e kheloha, ka hore a etse se nepahetseng mahlong a Jehova.+ Ke libaka tse phahameng feela tse sa kang tsa nyamela. Batho ba ne ba ntse ba etsa mahlabelo le ho etsa mosi oa sehlabelo libakeng tse phahameng.+ 44 Josafate a boloka likamano tsa khotso le morena oa Iseraele.+ 45 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Josafate le matla ao a ileng a etsa ka ’ona le kamoo a loanneng kateng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Juda? 46 Matekatse+ a mang kaofela a banna a tempele a neng a siiloe matsatsing a ntat’ae Asa a a tlosa naheng.+

47 Ha e le morena, ho ne ho se le ea mong Edomo;+ letona e ne e le morena.+

48 Josafate a etsa hore likepe tsa Tarshishe+ li ee Ofire bakeng sa khauta; empa ha lia ka tsa ea, hobane likepe tseo li ile tsa soahlamana Ezione-gebere.+ 49 Joale Akazia mora oa Akabe a re ho Josafate: “E-re bahlanka ba ka ba tsamaee le bahlanka ba hao ka likepe,” empa Josafate ha aa ka a lumela.+

50 Qetellong Josafate a robala le baholo-holo+ ba hae ’me a patoa le baholo-holo ba hae Motseng oa moholo-holo oa hae Davida;+ mora oa hae Jorame+ a qala ho busa sebakeng sa hae.

51 Ha e le Akazia+ mora oa Akabe, ea e-ba morena oa Baiseraele Samaria ka selemo sa leshome le metso e supileng sa Josafate morena oa Juda, ’me a tsoela pele ho busa Iseraele ka lilemo tse peli. 52 A ’na a etsa se sebe+ mahlong a Jehova ’me a qala ho tsamaea tseleng ea ntat’ae+ le tseleng ea ’m ’ae+ le tseleng ea Jeroboame+ mora oa Nebate, ea neng a entse hore Baiseraele ba etse sebe.+ 53 A tsoela pele ho sebeletsa Baale+ le ho mo inamela ’me a ’na a halefisa+ Jehova Molimo oa Iseraele ho ea ka sohle seo ntat’ae a neng a se entse.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela