Ea Bobeli ea Marena
kapa, ho ea ka Septuagint ea Segerike, EA BONE EA MARENA
1 Moabe+ ea qala ho fetohela+ Iseraele ka mor’a lefu la Akabe.+
2 Joale Akazia a oa+ a phunyeletsa lekhoakhoeng kamoreng ea hae e marulelong+ e neng e le Samaria ’me a kula. Kahoo a romela manģosa ’me a re ho ’ona: “E-eang, le botse+ Baale-zebube+ molimo oa Ekrone+ hore na ke tla hlaphoheloa boloetseng bona.”+ 3 Ha e le lengeloi+ la Jehova, la bua le Elia Motishba:+ “Ema, u nyolohe ho ea kopana le manģosa a morena oa Samaria ’me u re ho ’ona, ‘Na ke hobane ho se na Molimo+ ho hang Iseraele hore ebe le il’o botsa Baale-zebube molimo oa Ekrone? 4 Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng: “Ha e le setulo se kang bethe seo u hloeletseng ho sona, u ke ke ua theoha ho sona, hobane ka sebele u tla shoa.”’”+ Eaba Elia oa tsamaea.
5 Ha manģosa a khutlela ho eena, kapele-pele a re ho ’ona: “Ke hobane’ng ha le khutlile?” 6 Kahoo a re ho eena: “Ho na le monna ea ileng a re khahlanyetsa, eaba o re ho rōna, ‘Tsamaeang, le khutlele ho morena ea le romileng, ’me le bue le eena: “Sena ke seo Jehova a se boletseng,+ ‘Na ke hobane ho se na Molimo ho hang Iseraele hore ebe u romeletsa ho ea botsa Baale-zebube molimo oa Ekrone? Ka hona, ha e le setulo se kang bethe seo u hloeletseng ho sona, u ke ke ua theoha ho sona, hobane ka sebele u tla shoa.’”’”+ 7 A bua le ’ona: “Ponahalo ea monna ea ileng a le khahlanyetsa a ntan’o le bolella mantsoe aa e ne e le joang?” 8 Kahoo a re ho eena: “Monna ea nang le seaparo sa boea,+ ea itlamileng ka lebanta la letlalo lethekeng.”+ Kapele-pele a re: “E ne e le Elia Motishba.”
9 A romela ho eena molaoli oa ba mashome a mahlano le ba hae ba mashome a mahlano.+ Ha a nyolohela ho eena, o ne a lutse tlhōrōng ea thaba. Joale a bua le eena: “Monna oa Molimo oa ’nete,+ morena o buile, ‘Theoha.’” 10 Empa Elia a araba ’me a bua le molaoli oa ba mashome a mahlano: “Joale, haeba ke le monna oa Molimo, mollo+ o ke o theohe maholimong ’me o chese uena le ba hao ba mashome a mahlano.” Mollo oa theoha maholimong ’me oa chesa eena le ba hae ba mashome a mahlano.+
11 Kahoo a boela a romela ho eena molaoli e mong oa ba mashome a mahlano le ba hae ba mashome a mahlano.+ Eaba oa araba ’me o bua le eena: “Monna oa Molimo oa ’nete, sena ke seo morena a se boletseng, ‘Theoha kapele.’”+ 12 Empa Elia a araba ’me a bua le bona: “Haeba ke le monna oa Molimo oa ’nete, mollo o ke o theohe maholimong ’me o chese uena le ba hao ba mashome a mahlano.” Mollo oa Molimo oa theoha maholimong ’me oa chesa eena le ba hae ba mashome a mahlano.
13 A boela a romela molaoli oa boraro oa ba mashome a mahlano le ba hae ba mashome a mahlano.+ Empa molaoli oa boraro oa ba mashome a mahlano a nyoloha ’me a tla eaba o khumama ka mangole+ ka pel’a Elia ’me o qala ho kōpa+ mohau ho eena ’me o bua le eena: “Monna oa Molimo oa ’nete, ka kōpo moea+ oa ka le moea oa bahlanka bana ba hao ba mashome a mahlano e ke e be oa bohlokoa+ mahlong a hao. 14 Bona! mollo o theohile maholimong ’me oa chesa+ balaoli ba babeli ba pele ba ba mashome a mahlano le ba bona ba mashome a mahlano, empa joale moea oa ka e ke e be oa bohlokoa mahlong a hao.”
15 Eaba lengeloi la Jehova le bua le Elia: “Theoha le eena. U se ke ua tšoha ka lebaka la hae.”+ Kahoo a tloha ’me a theoha le eena ho ea ho morena. 16 Joale a bua le eena: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la hore u rometse manģosa+ ho ea botsa Baale-zebube molimo oa Ekrone,+ na ke hobane ho se na Molimo ho hang Iseraele eo ho ka botsoang lentsoe la hae? Ka hona ha e le setulo se kang bethe seo u hloeletseng ho sona, u ke ke ua theoha ho sona, hobane ka sebele u tla shoa.’” 17 Qetellong a shoa,+ ho ea ka lentsoe+ la Jehova leo Elia a neng a le buile; Jorame+ a qala ho busa sebakeng sa hae, ka selemo sa bobeli sa Jorame+ mora oa Josafate morena oa Juda, hobane o ne a sa ka a ba le mora.
18 Ha e le lintho tse ling kaofela tsa Akazia+ tseo a li entseng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Iseraele?
2 Eitse ha Jehova a le haufi le ho isa Elia+ maholimong+ ka sefefo, Elia le Elisha+ ba tloha Gilgale.+ 2 Elia a qala ho re ho Elisha: “Ka kōpo, lula mona hobane Jehova o nthomile ho ea fihla Bethele.” Empa Elisha a re: “Ka Jehova ea phelang+ le ka moea oa hao o phelang,+ nke ke ka u tlohela.”+ Kahoo ba theohela Bethele.+ 3 Joale bara ba baprofeta+ ba neng ba le Bethele ba tsoela ho Elisha ’me ba re ho eena: “Na ka sebele ua tseba hore kajeno Jehova o tlosa mong’a hao hore e se ke ea e-ba hlooho ea hao?”+ A re: “Le ’na, ke tseba hantle.+ Khutsang.”
4 Joale Elia a re ho eena: “Elisha, ka kōpo, lula mona hobane Jehova o nthomile Jeriko.”+ Empa a re: “Ka Jehova ea phelang le ka moea oa hao o phelang, nke ke ka u tlohela.” Kahoo ba tla Jeriko. 5 Joale bara ba baprofeta ba neng ba le Jeriko ba atamela Elisha ’me ba re ho eena: “Na ka sebele ua tseba hore kajeno Jehova o tlosa mong’a hao hore e se ke ea e-ba hlooho ea hao?” A re: “Le ’na, ke tseba hantle. Khutsang.”+
6 Joale Elia a re ho eena: “Ka kōpo, lula mona hobane Jehova o nthomile Jordane.”+ Empa a re: “Ka Jehova ea phelang le ka moea oa hao o phelang, nke ke ka u tlohela.”+ Kahoo ka bobeli ba tsoela pele. 7 Ho ne ho e-na le banna ba mashome a mahlano ba bara ba baprofeta ba ileng ba ea ’me ba ’na ba ema moo ba ka bonang hōjana;+ empa, ha e le bona ka bobeli, ba ema Jordane. 8 Joale Elia a nka seaparo sa hae se khethehileng+ ’me a se phutha eaba o otla metsi, ’me butle-butle a arohana ka tsela ena le ka tsela eane, hoo ka bobeli ba ileng ba tšela mobung o omileng.+
9 Eitse hang ha ba tšetse Elia a re ho Elisha: “Kōpa seo nka u etsetsang sona pele ke tlosoa ho uena.”+ Elisha a re: “Ke kōpa hore likarolo tse peli+ tsa moea+ oa hao li tle ho ’na.”+ 10 A re: “U kōpile+ ntho e thata. Haeba u mpona ha ke tlosoa ho uena, ho tla etsahala ka tsela eo ho uena; empa haeba u sa mpone, ho ke ke ha etsahala.”
11 Eitse ha ba ntse ba tsamaea, ba bua ba ntse ba tsamaea, bonang! koloi+ ea ntoa ea mollo le lipere tsa mollo, tsa ba arohanya; Elia a nyolohela maholimong ka sefefo.+ 12 Nakong eo eohle Elisha o ne a ho bona, ’me o ne a hoeletsa: “Ntate, Ntate,+ koloi ea ntoa ea Iseraele le banna ba hae ba lipere!”+ Ha aa ka a hlola a sa mo bona. Ka lebaka leo a tšoara liaparo tsa hae ’me a li hahola likotoana tse peli.+ 13 Ka mor’a moo a nka seaparo se khethehileng+ sa Elia se neng se oele ho eena, ’me a khutla eaba o ema lebōpong la Jordane. 14 Joale a nka seaparo se khethehileng sa Elia se neng se oele ho eena ’me a otla metsi+ eaba o re: “O kae Jehova Molimo oa Elia?”+ Eitse ha a otla metsi, joale butle-butle a arohana ka tsela ena le ka tsela eane, hoo Elisha a ileng a tšela.
15 Ha bara ba baprofeta ba neng ba le Jeriko ba mo bona a le hōjana, ba qala ho re: “Moea+ oa Elia o lutse holim ’a Elisha.” Ka lebaka leo ba tla ho mo khahlanyetsa ’me ba mo inamela.+ 16 Ba tsoela pele ho re ho eena: “Bona! joale, ho na le banna ba mashome a mahlano ba nang le bahlanka ba hao, batho ba sebete. Ka kōpo, e-re ba tsamaee, ’me ba batle mong’a hao. E ka ’na eaba moea+ oa Jehova o mo phahamisitse ’me joale oa mo lahlela holim ’a e ’ngoe ea lithaba kapa ho e ’ngoe ea liphula.” Empa a re: “Le se ke la ba romela.” 17 Ba ’na ba mo phehella ho fihlela a soabile, hoo a ileng a re: “Ba romeleng.” Joale ba romela banna ba mashome a mahlano; ’me ba ’na ba batla ka matsatsi a mararo, empa ha baa ka ba mo fumana. 18 Ha ba khutlela ho eena, o ne a lula Jeriko.+ Joale a re ho bona: “Na ha kea ka ka re ho lōna, ‘Le se ke la ea’?”
19 Ka mor’a nako banna ba motse ba re ho Elisha: “Bona! joale, boemo ba motse bo botle,+ feela joalokaha mong’a ka a bona; empa metsi+ a mabe, ’me naha e baka ho senyeheloa ke limpa.”+ 20 Eaba o re: “Ntateleng sekotlolo se senyenyane se secha ’me le tšele letsoai ka ho sona.” Kahoo ba mo latela sona. 21 Joale a tsoela ka ntle mohloling oa metsi ao ’me a tšela letsoai ka har’a ’ona+ eaba o re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ke etsa hore metsi ana e be a phelisang hantle.+ Ha ho sa tla hlola ho e-ba le lefu kapa ho senyeheloa ke limpa ho bakoang ke ’ona.’” 22 Metsi ao a tsoela pele a folisitsoe ho fihlela letsatsing lena,+ ho ea ka lentsoe leo Elisha a le buileng.
23 A tloha moo a ea Bethele.+ Ha a ntse a nyoloha tseleng, ho ne ho e-na le bashanyana+ ba tsoang motseng ’me ba qala ho mo soma+ ’me ba ’na ba re ho eena: “Nyoloha, uena ralefatla!+ Nyoloha, uena ralefatla!” 24 Qetellong a reteleha ’me a ba bona eaba o ba rohaka+ ka lebitso la Jehova. Joale libere+ tse peli tse tšehali tsa tsoa morung ’me tsa qala ho rusolla bana ba mashome a mane a metso e ’meli ho bona.+ 25 A ’na a tsamaea ho tloha moo ho ea Thabeng ea Karmele,+ ’me ho tloha moo a khutlela Samaria.
3 Ha e le Jorame+ mora oa Akabe, ea e-ba morena oa Baiseraele Samaria ka selemo sa leshome le metso e robeli sa Josafate morena oa Juda, ’me a tsoela pele ho busa ka lilemo tse leshome le metso e ’meli. 2 A ’na a etsa se sebe mahlong+ a Jehova, feela eseng joaloka ntat’ae+ kapa joaloka ’m ’ae, empa a tlosa tšiea e halalelang+ ea Baale eo ntat’ae a neng a e entse.+ 3 Feela a khomarela libe tsa Jeroboame+ mora oa Nebate, tseo ka tsona a neng a entse hore Baiseraele ba sitoe.+ Ha aa ka a li furalla.
4 Ha e le Mesha+ morena oa Moabe, ea e-ba mohlokomeli oa linku, ’me a lefa likonyana tse likete tse lekholo le lipheleu tse sa kutoang tse likete tse lekholo ho morena oa Iseraele. 5 Eitse hang ha Akabe a shoa,+ morena oa Moabe a qala ho fetohela+ morena oa Iseraele. 6 Ka lebaka leo Morena Jorame a tsoa Samaria letsatsing leo ’me a khobokanya+ Baiseraele bohle. 7 A tsamaela pejana ’me joale a romeletsa ho Josafate morena oa Juda, a re: “Morena oa Moabe o mphetohetse. Na u tla ea le ’na ho ea loantša Moabe?” A re: “Ke tla ea.+ Ke tšoana le uena; sechaba sa ka se tšoana le sechaba sa hao;+ lipere tsa ka li tšoana le lipere tsa hao.” 8 A tsoela pele ho re: “Re tla nyoloha ka tsela efe?” Kahoo a re: “Ka tsela ea lefeella la Edomo.”+
9 Morena oa Iseraele le morena oa Juda le morena oa Edomo+ ba tsamaea, ’me ba ’na ba tsamaea ka matsatsi a supileng, ’me ho ne ho se na metsi bakeng sa batho ba lulang liahelong le bakeng sa liphoofolo tse ruuoang tse neng li ba latela. 10 Qetellong morena oa Iseraele a re: “Ke bomalimabe bo bokaakang hore ebe Jehova o bitselitse marena aa a mararo hore a nehelane ka ’ona letsohong la Moabe!”+ 11 Eaba Josafate o re:+ “Na ha ho na moprofeta oa Jehova moo?+ Joale a re botseng Jehova ka eena.”+ Kahoo e mong oa bahlanka ba morena oa Iseraele a araba ’me a re: “Elisha+ mora oa Shafate, ea ileng a tšela metsi matsohong a Elia o teng mona.”+ 12 Joale Josafate a re: “Lentsoe la Jehova le teng ho eena.” Tumellanong le hoo morena oa Iseraele le Josafate le morena oa Edomo ba theohela ho eena.
13 Elisha a re ho morena oa Iseraele: “Taba ea ka le uena ke efe?+ E-ea ho baprofeta+ ba ntat’ao le ho baprofeta ba ’m ’ao.” Empa morena oa Iseraele a re ho eena: “Che, etsoe Jehova o bitselitse marena ana a mararo hore a nehelane ka ’ona letsohong la Moabe.”+ 14 Elisha a re: “Ka Jehova oa mabotho ea phelang+ eo ke emeng ka pel’a hae, haeba e ne e se sefahleho sa Josafate morena oa Juda seo ke se nahanelang,+ ke ne nke ka u talima kapa ka u bona.+ 15 Joale ntateleng seletsi sa seletsa se likhoele.”+ Eitse hang ha seletsi sa seletsa se likhoele se letsa, letsoho+ la Jehova la e-ba holim ’a hae. 16 A tsoela pele ho re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ho ke ho etsoe hore phula ena ea molapo o phoroselang e tlale liforo;+ 17 etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng: “Le ke ke la bona moea, ’me le ke ke la bona pula ea litloebelele; leha ho le joalo phula eo ea molapo o phoroselang e tla tlala metsi,+ ’me ka sebele le tla noa ho eona,+ lōna le mehlape ea lōna le liphoofolo tsa lōna tse ruuoang.”’ 18 Ruri ena e tla ba ntho e sa reng letho mahlong a Jehova,+ ’me ka sebele o tla nehelana ka Bamoabe matsohong a lōna.+ 19 Le lihe motse+ o mong le o mong o etselitsoeng qhobosheane le motse o mong le o mong o motle, ’me sefate se seng le se seng se setle+ le lokela ho se rema,+ le mehloli eohle ea metsi le lokela ho e thiba, ’me tšimo e ’ngoe le e ’ngoe e ntle le lokela ho e senya ka majoe.”
20 Eare hoseng,+ ka nako ea ho etsa nyehelo ea lijo-thollo,+ bonang! metsi a ne a tla ka tsela ea Edomo, ’me naha ea tlala metsi.
21 Ha e le Bamoabe bohle, ba utloa hore marena a ne a tlil’o ba loantša. Ka lebaka leo ba bokella banna ho tloha ho ba bangata ba neng ba itlama+ ka lebanta ho ea holimo, ’me ba qala ho ema moeling. 22 Ha ba tsoha hoseng haholo, letsatsi la chabela metsing, hoo Bamoabe ba tsoang lehlakoreng le malebana le moo ba ileng ba bona metsi a le mafubelu joaloka mali. 23 Ba qala ho re: “Hona ke mali! Ntle ho pelaelo marena a nehelletsoe sabole, ’me a bolaeane. Kahoo joale, e-eang thepeng e hapuoeng,+ Lōna Bamoabe!” 24 Ha ba kena liahelong tsa Baiseraele, kapele-pele Baiseraele+ ba ema ’me ba qala ho hlasela Bamoabe hoo ba ileng ba baleha ka pel’a bona.+ Kahoo ba kena Moabe, ba hlasela Bamoabe ha ba ntse ba tla. 25 Ba heletsa metse,+ ’me, ha e le tšimong e ’ngoe le e ’ngoe e ntle, e mong le e mong o ne a lahlela lejoe la hae ’me a hlile a e tlatsa; mohloli o mong le o mong oa metsi ba ne ba o thiba,+ ’me sefate se seng le se seng se setle ba ne ba se rema,+ ho fihlela ba siile feela majoe a Kire-haresethe+ ho eona; ba betsang ka letjeketjane ba qala ho e potoloha ’me ba e liha.
26 Ha morena oa Moabe a bona hore ntoa e ne e le matla haholo bakeng sa hae, hang-hang a tsamaea le banna ba makholo a supileng ba tsomulang sabole ho phunyeletsa ho ea ho morena oa Edomo;+ empa ha baa ka ba khona. 27 Qetellong a nka mora oa hae oa letsibolo ea neng a tla busa sebakeng sa hae ’me a mo nyehela+ e le sehlabelo sa secheso holim ’a lerako. Ha e-ba le khalefo e khōlō khahlanong le Baiseraele, hoo ba ileng ba tlohela ho ba loantša ’me ba khutlela naheng ea bona.
4 Joale ho ne ho e-na le mosali ea itseng oa basali ba bara+ ba baprofeta ea ileng a hoeletsa Elisha, a re: “Mohlanka oa hao, monna oa ka, o shoele; u tseba hantle hore mohlanka oa hao o ne a tšaba+ Jehova a sa khaotse, ’me ea kolotoang+ o tlile ho tla nka bana ba ka ka bobeli hore e be makhoba a hae.” 2 Eaba Elisha o re ho eena: “Ke u etsetse eng?+ Mpolelle; u na le eng ka tlung?” Eaba o re: “Lekhabunyane la hao ha le na letho ka tlung haese nkho ea oli e nang le molongoana.”+ 3 Joale a re: “E-ea, u ikōpele lijana ka ntle, ho baahelani bohle ba hao, lijana tse se nang letho. U se ke ua inkela tse ’maloa feela. 4 U tsamaee ’me u koale lemati ka mor’a hao le bara ba hao, ’me u tšele oli ka har’a lijana tsena kaofela, ’me tse tletseng u li behelle ka thōko.” 5 Ka mor’a moo mosali eo a tloha ho eena.
Ha a koala lemati ka mor’a hae le bara ba hae, ba atametsa lijana ho eena, ’me a tšela oli.+ 6 Eitse hang ha lijana li tletse a tsoela pele ho re ho mora oa hae: “Atametsa sejana se seng hape ho ’na.”+ Empa a re ho eena: “Ha ho na sejana se seng.” Eaba oli ea khaotsa.+ 7 Kahoo a kena ’me a bolella monna oa Molimo oa ’nete, joale monna eo a re: “E-ea, u rekise oli u lefe melato ea hao,+ ’me uena le bara ba hao le lokela ho phela ka e setseng.”+
8 Eitse ka letsatsi le leng Elisha a fetela pele Shuneme,+ moo ho neng ho e-na le mosali ea hlaheletseng, eaba mosali eo o qala ho mo qophella+ hore a je bohobe. E ne e re nako le nako ha a feta ka tsela, ebe o fapohela moo ho ja bohobe. 9 Qetellong a re ho monna oa hae:+ “Bona! joale, ke tseba hantle hore ke monna ea halalelang oa Molimo+ ea fetang ho rōna kamehla. 10 Ka kōpo, a re etse kamore e marulelong+ e nyenyane lerakong ’me re mo behele setulo se kang bethe le tafole le setulo le seluloana sa lebone moo;+ etlare neng kapa neng ha a tla ho rōna a ka fapohela moo.”+
11 Eitse ka letsatsi le leng joalokaha e le tloaelo a kena moo ’me a fapohela kamoreng e marulelong a robala teng. 12 Kahoo a re ho mohlanka oa hae Gehazi:+ “Bitsa mosali enoa oa Moshuneme.”+ Eaba oa mo bitsa e le hore mosali eo a ka ema ka pel’a hae. 13 Joale a re ho mohlanka: “Ka kōpo, e-re ho eena, ‘Bona! u ikhorelelitse bakeng sa rōna ka khoreletso ena eohle.+ Ke’ng seo u ka se etsetsoang?+ Na ho na le letho le ka buuoang le morena+ kapa le molaoli+ oa lebotho bakeng sa hao?’” Eaba mosali eo o re: “Ke lula+ har’a batho ba heso.” 14 A tsoela pele ho re: “Joale, ke’ng seo a ka se etsetsoang?” Joale Gehazi a re: “Kannete, ha a na mora,+ ’me monna oa hae o tsofetse.” 15 Kapele-pele a re: “Mo bitse.” Kahoo a mo bitsa, ’me a ’na a ema monyako. 16 Joale a re: “Selemong se tlang ka nako ena e behiloeng u tla be u kopile mora.”+ Empa mosali eo a re: “Che, mong’a ka, Uena monna oa Molimo oa ’nete! U se ke ua buela lekhabunyane la hao leshano.”
17 Leha ho le joalo, mosali eo a ima ’me a tsoala mora+ selemong se tlang ka nako ena e behiloeng, feela joalokaha Elisha a ne a mo boleletse.+ 18 Ngoana eo a ’na a hōla, ’me eare ka letsatsi le leng joalokaha e le tloaelo a tsoela ho ntat’ae a e-na le bakotuli.+ 19 A ’na a re ho ntat’ae: “Jo! hlooho ea ka, hlooho ea ka!”+ Qetellong a re ho mohlanka: “Mo ise ho ’m ’ae.”+ 20 Tumellanong le hoo a mo nka ’me a mo tlisa ho ’m ’ae. A ’na a lula mangoleng a hae ho fihlela motšehare, ’me qetellong a shoa.+ 21 Joale a tsoa eaba o mo robatsa holim ’a setulo se kang bethe+ sa monna oa Molimo+ oa ’nete ’me a mo koalla monyako eaba oa tsoa. 22 Joale a bitsa monna oa hae ’me a re: “Ka kōpo, nthomelle e mong oa bahlanka le e ’ngoe ea liesele tse tšehali, ’me ke mathe ho ea fihla ho monna oa Molimo oa ’nete ke be ke khutle.”+ 23 Empa eena a re: “Ke hobane’ng ha u e-ea ho eena kajeno? Hase mathoasong a khoeli+ leha e le hore ke sabatha.” Leha ho le joalo, mosali a re: “Ho lokile.” 24 Kahoo a qhaneha esele e tšehali+ ’me a re ho mohlanka oa hae: “Kalla ’me u tsoele pele. U se ke ua tlohela ho kalla ka lebaka la ka ntle le haeba ke u boleletse joalo.”
25 A tsamaea eaba o fihla ho monna oa Molimo oa ’nete Thabeng ea Karmele. Eitse hang ha monna oa Molimo oa ’nete a mo bona a le ka pele, kapele-pele a re ho mohlanka oa hae Gehazi:+ “Bona! Mosali oa Moshuneme ke eane. 26 Joale, ka kōpo, matha u mo khahlanyetse ’me u re ho eena, ‘Na u ntse u ikela hantle? Na monna oa hao o ntse a ikela hantle? Na ngoana o ntse a ikela hantle?’” Eaba o re: “Ho ntse ho ikela hantle.” 27 Ha mosali a fihla ho monna oa Molimo oa ’nete thabeng, hang-hang a mo tšoara ka maoto.+ Eaba Gehazi oa atamela ho mo sutumeletsa hōle,+ empa monna oa Molimo+ oa ’nete a re: “Mo tlohele,+ etsoe moea oa hae o utloile bohloko+ ka hare ho eena; Jehova o mpatetse+ hona ’me ha aa mpolella hona.” 28 Joale mosali eo a re: “Na ke ile ka kōpa mora ka moren ’a ka? Na ha kea ka ka re, ‘U se ke ua ntšepisa bohata’?”+
29 Kapele-pele Elisha a re ho Gehazi:+ “Itlame letheka+ ’me u nke lere+ la ka letsohong la hao ’me u tsamaee. Haeba u teana le mang kapa mang, u se ke ua mo lumelisa;+ haeba mang kapa mang a u lumelisa, u se ke ua mo araba. U behe lere la ka holim ’a sefahleho sa moshanyana eo.”+ 30 Eaba ’mè oa moshanyana o re: “Ka Jehova ea phelang+ le ka moea oa hao o phelang,+ nke ke ka u siea.”+ Kahoo a ema ’me a tsamaea le eena. 31 Gehazi a fetela pele ka pel’a bona ’me joale a beha lere holim ’a sefahleho sa moshanyana, empa ho ne ho se lentsoe leha e le ho ela hloko.+ Kahoo a khutla ho ea mo khahlanyetsa ’me a mo bolella, a re: “Moshanyana eo ha aa ka a tsoha.”+
32 Qetellong Elisha a kena ka tlung, ’me moshanyana o ne a shoele, a robalitsoe setulong sa hae se kang bethe.+ 33 Joale a kena ’me a koala lemati ka mor’a bona ka bobeli+ ’me a qala ho rapela Jehova.+ 34 Qetellong a nyoloha eaba o robala holim ’a ngoana+ eo ’me o beha molomo oa hae holim ’a molomo oa hae le mahlo a hae holim ’a mahlo a hae le liatla tsa hae holim ’a liatla tsa hae eaba o tsoela pele a iname holim ’a hae, ’me butle-butle nama ea moshanyana eo ea futhumala. 35 Joale a qala ho tsamaea hape ka tlung, a ea koana hang ’me a ea koana hang, ka mor’a moo a nyoloha ’me a inama holim ’a hae. Moshanyana eo a qala ho thimola hoo e ka bang ka makhetlo a supileng, ka mor’a moo moshanyana eo a tutuboloha.+ 36 Joale a bitsa Gehazi ’me a re: “Bitsa mosali enoa oa Moshuneme.”+ Kahoo a mo bitsa ’me a kena ho eena. Joale a re: “Phahamisa mora oa hao.”+ 37 A kena ’me a itihela maotong a hae ’me a inamela ho eena,+ ka mor’a moo a phahamisa mora oa hae eaba oa tsoa.+
38 Elisha a khutlela Gilgale,+ ’me ho ne ho e-na le tlala+ naheng. Ha bara+ ba baprofeta ba ntse ba lutse ka pel’a hae,+ ka mor’a nako a re ho mohlanka oa hae:+ “Beha pitsa e khōlō ifo ’me u phehele bara ba baprofeta sechu.”+ 39 Ka lebaka leo e mong ea itseng a tsoa ho ea masimong ho ea kha tika-motse,+ eaba o fumana sefate sa morara sa naheng ’me a qala ho kha maraka a naheng ho sona, a tlatsa seaparo sa hae, eaba oa tla ’me o a khabella ka pitseng ea sechu, etsoe ba ne ba sa a tloaela. 40 Hamorao ba se ngoathela banna bao hore ba je. Eitse hang ha ba ja sechu, ba hoeletsa ’me ba qala ho re: “Uena monna oa Molimo+ oa ’nete, ho na le lefu ka pitseng.”+ Ha baa ka ba khona ho ja. 41 Kahoo a re: “Joale, latang phofo.” Ka mor’a hore a e tšele ka pitseng, a tsoela pele ho re: “Ngoathela batho e le hore ba ka ja.” Ho ne ho se letho le kotsi ka pitseng.+
42 Ho ne ho e-na le monna ea tsoang Baale-shalisha,+ eaba o tlisetsa+ monna oa Molimo oa ’nete bohobe ba litholoana tsa pele tse butsoitseng,+ mahobe+ a mashome a mabeli a harese, le lijo-thollo tse ncha ka mokotleng oa hae oa bohobe. Joale a re: “Bo nehe batho e le hore ba ka ja.”+ 43 Leha ho le joalo, mosebeletsi oa hae a re: “Ke tla beha see joang ka pel’a banna ba lekholo?”+ Eaba o re: “Bo nehe batho e le hore ba ka ja, etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ho tla jeoa ’me ho be le masalla.’”+ 44 Eaba o se beha ka pel’a bona, ba qala ho ja, ’me ba e-ba le masalla ho ea ka lentsoe la Jehova.+
5 Joale Naamane+ ea itseng, molaoli oa lebotho la morena oa Syria, e ne e le monna e moholo ka pel’a morena oa hae ’me a nkoa e le oa bohlokoa, hobane Jehova o ne a file Syria poloko ka eena;+ monna eo e ne e le monna ea sebete, ea matla, le hoja e ne e le molepera. 2 Basyria ba ne ba tsoile e le lihlopha tsa bafutuhi,+ eaba ba isa ngoananyana+ ea tsoang naheng ea Iseraele kholehong, ’me a ba ka pel’a mosali oa Naamane. 3 Ka mor’a nako a re+ ho mong’a hae oa mosali: “Hoja moren ’a ka a ne a le ka pel’a moprofeta+ ea leng Samaria! Tabeng eo o ne a tla mo folisa lepera la hae.”+ 4 Ka mor’a moo motho e mong a tla ’me a tlalehela morena oa hae, a re: “Ngoanana ea tsoang naheng ea Iseraele o buile+ tjena le tjena.”
5 Joale morena oa Syria a re: “Tsamaea! E-re ke romele lengolo ho morena oa Iseraele.” Kahoo a tsamaea ’me letsohong+ a nka litalenta tse leshome tsa silevera le likotoana tsa khauta+ tse likete tse tšeletseng le liaparo+ tse ling tse leshome. 6 A tlisa lengolo+ ho morena oa Iseraele, le reng: “Joale ka nako e tšoanang le ha lengolo lena le fihla ho uena, bona! ke fela ke romela Naamane mohlanka oa ka ho uena, e le hore u ka mo folisa lepera.” 7 Eitse hang ha morena oa Iseraele a balile lengolo, kapele-pele a hahola+ liaparo tsa hae ’me a re: “Na ke ’na Molimo,+ hore ke bolaee ’me ke boloke bophelo?+ Etsoe motho enoa o romeletsa hore ke folise motho lepera; ka kōpo, elang hloko ’me le bone kamoo a batlang ho qabana le ’na kateng.”+
8 Eitse hang ha Elisha monna oa Molimo oa ’nete a utloa hore morena oa Iseraele o hahotse liaparo tsa hae,+ hang-hang a romeletsa ho morena, a re: “Ke hobane’ng ha u hahotse liaparo tsa hao? Ka kōpo, e-re a tle ho ’na e le hore a ka tseba hore ho na le moprofeta Iseraele.”+ 9 Kahoo Naamane a tla ka lipere tsa hae le likoloi tsa hae tsa ntoa ’me a ema monyako oa ntlo ea Elisha. 10 Leha ho le joalo, Elisha a romela lenģosa ho eena, a re: “E-ea moo, u itlhatsoe+ ka makhetlo a supileng+ Jordane e le hore nama ea hao e ka khutlela ho uena;+ u hloeke.” 11 Eaba Naamane oa halefa+ ’me o qala ho tsamaea ’me a re: “Bona! ke ne ke ipoleletse ho re,+ ‘O tla tsoela ho ’na ’me ka sebele o tla ema a ipiletse lebitsong la Jehova Molimo oa hae ’me a ise letsoho la hae koana le koana holim ’a sebaka seo ’me a folise molepera.’ 12 Na Abana le Parpare, linōka tsa Damaseka,+ ha li molemo ho feta metsi+ ’ohle a Iseraele? Na nke ke ka tola ho tsona ’me ka sebele ka hloeka?”+ Eaba oa reteleha ’me o tsamaea a halefile.+
13 Joale bahlanka ba hae ba atamela ’me ba bua le eena ba re: “Ntate,+ haeba e ne e le ntho e khōlō eo moprofeta a e buileng ho uena, na u ne u ke ke ua e etsa? Joale, ho joalo hakaakang kaha o itse ho uena, ‘Tola ’me u hloeke’?” 14 Eaba oa theoha ’me o qala ho itahlela ka har’a Jordane ka makhetlo a supileng ho ea ka lentsoe la monna oa Molimo oa ’nete;+ ka mor’a moo nama ea hae ea e-ba joaloka nama ea moshanyana+ ’me a hloeka.+
15 Joale a khutlela ho monna oa Molimo oa ’nete,+ eena le sehlopha sohle sa hae, eaba o fihla a ema ka pel’a hae ’me o re: “Bona! joale, ka sebele kea tseba hore ha ho na Molimo kae kapa kae lefatšeng haese Iseraele.+ Joale, ka kōpo amohela mpho ea tlhohonolofatso+ ho mohlanka oa hao.” 16 Leha ho le joalo, a re: “Ka Jehova ea phelang+ eo ke hlileng ke emeng ka pel’a hae, nke ke ka e amohela.”+ A qala ho mo phehella hore a e amohele, empa a ’na a hana. 17 Qetellong Naamane a re: “Haeba ho se joalo, ka kōpo, e-re mohlanka oa hao a fuoe mobunyana,+ mojaro oa limmoulo tse peli; hobane mohlanka oa hao ha a sa tla hlola a nyehela nyehelo ea secheso kapa sehlabelo ho melimo leha e le efe e meng haese ho Jehova.+ 18 Nthong ena e se eka Jehova a ka tšoarela mohlanka oa hao: Ha moren ’a ka a tla ka tlung ea Rimone+ ho ea inama moo, ’me a itšetlehile+ ka letsoho la ka, ’me ke lokela ho inama+ ntlong ea Rimone, ha ke inama ntlong ea Rimone e se eka Jehova, ka kōpo, a ka tšoarela mohlanka oa hao tabeng ena.”+ 19 Eaba o re ho eena: “E-ea ka khotso.”+ Ka lebaka leo a tloha ho eena a tsamaea sebaka se selelele sa naha.
20 Joale Gehazi+ mohlanka oa Elisha monna oa Molimo+ oa ’nete a re: “Bona! mong’a ka o qenehetse Naamane+ Mosyria enoa ka ho se amohele letsohong la hae seo a se tlisitseng. Ka Jehova ea phelang,+ ke tla matha ka mor’a hae ’me ke nke ho hong ho eena.”+ 21 Gehazi a lelekisa Naamane. Ha Naamane a bona motho e mong ea mathang ka mor’a hae, hang-hang a theoha koloing ea hae ho mo khahlanyetsa ’me a re ho eena: “Na lintho tsohle li tsamaea hantle?”+ 22 Eaba o re: “Lintho tsohle li tsamaea hantle. Mong’a+ ka o nthomile,+ a re, ‘Bona! Bahlankana ba babeli ba tsoang sebakeng se lithaba sa Efraime ho bara ba baprofeta+ ba sa tsoa fihla ho ’na. Ka kōpo, u ba fe talenta ea silevera le liaparo tse ling tse peli.’”+ 23 Eaba Naamane o re: “Ho lokile, nka litalenta tse peli.” A ’na a mo phehella+ eaba qetellong o phuthela litalenta tse peli tsa silevera ka mekotla e ’meli, le liaparo tse ling tse peli, ’me a li fa bahlanka ba hae ba babeli, e le hore ba ka li jara ka pel’a hae.
24 Ha a fihla Ofele, kapele-pele a li nka matsohong a bona ’me a li beha ka tlung+ ’me a re banna bao ba tsamaee. Kahoo ba tsamaea. 25 A kena ’me joale a ema haufi le mong’a hae.+ Joale Elisha a re ho eena: “U ne u tsoa hokae, Gehazi?” Empa a re: “Ho hang mohlanka oa hao ha aa ka a ea kae kapa kae.”+ 26 Eaba o re ho eena: “Na pelo ea ka ha ea ka ea tsamaea ha monna eo a ne a reteleha hore a theohe koloing ea hae ho u khahlanyetsa? Na ke nako ea ho amohela silevera kapa ho amohela liaparo kapa meru ea mohloaare kapa lirapa tsa morara kapa linku kapa likhomo kapa bahlanka kapa makhabunyane?+ 27 Kahoo lepera+ la Naamane le tla khomarela ho uena le bana ba hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+ Kapele-pele a tsoa ka pel’a hae, e le molepera ea soeufetseng joaloka lehloa.+
6 Bara+ ba baprofeta ba qala ho re ho Elisha: “Bona, joale! Sebaka+ seo re lulang ho sona ka pel’a hao se patisane+ haholo bakeng sa rōna. 2 Ka kōpo, e-re re tsamaee ho ea fihla Jordane ’me e mong le e mong a inkele balaka moo ’me re iketsetse+ sebaka seo re ka lulang ho sona.” Kahoo a re: “Tsamaeang.” 3 E mong ea itseng a tsoela pele ho re: “Ka kōpo, tloo, ’me u tsamaee le bahlanka ba hao.” Eaba o re: “Ke tla ea.” 4 Ka lebaka leo a ea le bona, ’me qetellong ba fihla Jordane ’me ba qala ho rema lifate.+ 5 E mong ea itseng o ne a ntse a ratha balaka, eaba hloohoana ea selepe+ e oela ka metsing. A qala ho hoeletsa ’me a re: “Oho, mong’a ka,+ etsoe se ne se alimiloe!”+ 6 Joale monna oa Molimo oa ’nete a re: “E oetse hokae?” Kahoo a mo bontša sebaka. Kapele-pele a ratha sekoto sa lehong ’me a se akhela moo eaba o phaphamatsa hloohoana eo ea selepe.+ 7 Joale a re: “Iphahamisetse eona.” Hang-hang a otlolla letsoho ’me a e nka.
8 Morena oa Syria+ a loantša Iseraele. Ka lebaka leo a rerisana le bahlanka ba hae,+ a re: “Le tla hloma liahelo le ’na sebakeng se itseng.”+ 9 Joale monna oa Molimo+ oa ’nete a romeletsa ho morena oa Iseraele, a re: “U itebele hore u se ke ua feta sebakeng sena,+ hobane ke hona moo Basyria ba theohelang teng.”+ 10 Kahoo morena oa Iseraele a romeletsa sebakeng seo monna oa Molimo oa ’nete a neng a mo boleletse sona.+ A mo lemosa,+ ’me a suthela thōko le moo, eseng hang kapa habeli.
11 Ka lebaka leo pelo ea morena oa Syria ea halefa ka lebaka la taba ena,+ hoo a ileng a bitsa bahlanka ba hae ’me a re ho bona: “Na le ke ke la mpolella hore na ke mang oa rōna ea emelang morena oa Iseraele?”+ 12 Joale e mong oa bahlanka ba hae a re: “Ha ho le ea mong, khosi ea ka morena, empa ke moprofeta Elisha+ ea leng Iseraele ea bolellang+ morena oa Iseraele lintho tseo u li buang ka kamoreng ea hao ea ho robala e ka hare.”+ 13 Kahoo a re: “E-eang ’me le bone moo a leng teng, e le hore nka romeletsa ’me ka mo nka.”+ Hamorao a tlaleheloa, ha thoe: “Ke eane Dothane.”+ 14 Kapele-pele a romela lipere le likoloi tsa ntoa le lebotho+ le matla la sesole moo; ba fihla bosiu ’me ba teela motse hare.
15 Ha mosebeletsi+ oa monna oa Molimo oa ’nete a tsoha hoseng, ’me a tsoela ka ntle, lebotho la sesole le ne le pota-potile motse ka lipere le likoloi tsa ntoa. Hang-hang mohlanka oa hae a re ho eena: “Oho, mong’a ka!+ Re tla etsa joang?” 16 Empa a re: “U se ke ua tšoha,+ etsoe ba nang le rōna ba bangata ho feta ba nang le bona.”+ 17 Elisha a qala ho rapela+ ’me a re: “Ka kōpo, Jehova, tutubolla mahlo+ a hae, e le hore a ka bona.” Kapele-pele Jehova a tutubolla mahlo a mohlanka eo, hoo a ileng a bona; bonang! sebaka se lithaba se ne se tletse lipere le likoloi+ tsa ntoa tsa mollo ho pota-pota Elisha ka hohle.+
18 Ha ba qala ho theohela ho eena, Elisha a tsoela pele ho rapela Jehova a re: “Ka kōpo, otla sechaba sena ka bofofu.”+ Kahoo a se otla ka bofofu ho ea ka lentsoe la Elisha. 19 Joale Elisha a re ho bona: “Ena hase tsela, ’me ona hase motse. Ntateleng, ’me ke le ise ho monna eo le mo batlang.” Leha ho le joalo, a ba isa Samaria.+
20 Eitse hang ha ba fihla Samaria, joale Elisha a re: “Jehova, tutubolla mahlo a bona e le hore ba ka bona.”+ Kapele-pele Jehova a tutubolla mahlo a bona, ’me ba bona; joale ba ne ba le har’a Samaria. 21 Joale hang ha morena oa Iseraele a ba bona a re ho Elisha: “Na ke ba bolaee, na ke ba bolaee,+ Ntate?”+ 22 Empa a re: “U se ke ua ba bolaea. Na bao u ba isitseng kholehong ka sabole ea hao le ka seqha sa hao ke bona bao u ba bolaeang?+ Beha bohobe le metsi ka pel’a bona e le hore ba ka ja le ho noa+ ’me ba ee ho morena oa bona.” 23 Ka lebaka leo a ba lokisetsa mokete o moholo; ba qala ho ja le ho noa, ka mor’a moo a re ba tsamaee ’me ba ea ho morena oa bona. Lihlopha tsa bafutuhi+ tsa Basyria ha lia ka tsa hlola li tla hape naheng ea Iseraele.
24 Eitse ka mor’a moo Ben-hadade morena oa Syria a bokella lebotho lohle la hae eaba oa nyoloha ho ea lika-liketsa+ Samaria. 25 Ka mor’a nako tlala e khōlō ea e-ba teng Samaria,+ ’me, bonang! ba ne ba e lika-likelitse ho fihlela hlooho+ ea esele e ka rekoa ka likotoana tsa silevera tse mashome a robeli, ’me karolo ea bone ea tekanyo ea kabe ea mantle+ a leeba e le likotoana tsa silevera tse hlano. 26 Eitse ha morena oa Iseraele a feta holim ’a lerako mosali ea itseng a mo hoeletsa, a re: “Pholosa, Khosi ea ka morena!”+ 27 Eaba o re: “Haeba Jehova a sa u pholose, ke tla u pholosa ka eng?+ ebang ke ka se tsoang seotlong kapa se tsoang sehatelong sa veine kapa sa oli?” 28 Morena a tsoela pele ho re ho eena: “Molato ke’ng ka uena?” Kahoo a re: “Mosali eena enoa o itse ho ’na, ‘Fana ka mora oa hao e le hore re ka mo ja kajeno, ’me hosasane re tla ja mora oa ka.’+ 29 Ka lebaka leo ra pheha+ mora oa ka ’me ra mo ja.+ Joale ka letsatsi le hlahlamang ka re ho eena, ‘Fana ka mora oa hao e le hore re ka mo ja.’ Empa a pata mora oa hae.”
30 Eitse hang ha morena a utloa mantsoe a mosali eo, kapele-pele a hahola+ liaparo tsa hae; ha a feta holim ’a lerako, batho ba talima, ’me, bonang! o ne a apere lesela la mokotla ka hare nameng. 31 A tsoela pele ho re: “E se eka Molimo a ka nketsa joalo, ’me e se eka a ka ekelletsa ho seo, haeba hlooho ea Elisha mora oa Shafate e tsoela pele e eme holim ’a hae kajeno!”+
32 Elisha o ne a lutse ka tlung ea hae, ’me banna ba baholo ba ne ba lutse le eena,+ ha a ne a roma monna ea tlohang ka pel’a hae. Pele lenģosa le ka kena ho eena, a re ho banna ba baholo: “Na le bone kamoo mora eo oa ’molai+ a romelelitseng kateng ho nkhaola hlooho? Tiisang hore: hang ha lenģosa le tla, le koale monyako, ’me le le thibelle ka lemati. Na ha ho na liqi+ tsa morena oa lona ka mor’a lona?” 33 Ha a sa ntse a bua le bona, bonang! lenģosa le ne le theohela ho eena, ’me morena a re: “Tlokotsi ke ena e tsoang ho Jehova.+ Ke hobane’ng ha ke sa ntse ke lokela ho letela Jehova?”+
7 Joale Elisha a re: “Mamelang lentsoe la Jehova.+ Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Hosasane hoo e ka bang ka nako ena tekanyo ea seah ea phofo e thumisehileng e tla rekoa ka shekele, ’me litekanyo tse peli tsa seah ea harese li tla rekoa ka shekele tseleng ea heke ea Samaria.’”+ 2 Eaba mothusi eo morena a neng a itšetlehile+ ka letsoho la hae o araba monna oa Molimo oa ’nete ’me o re: “Haeba Jehova a ne a etsa likhoro tsa moroallo maholimong,+ na ntho ee e ne e tla etsahala?”+ Eaba o re: “Bona! u iponela ka mahlo,+ empa u ke ke ua e ja.”+
3 Ho ne ho e-na le banna ba bane, ba balepera, ba neng ba le monyako oa heke;+ ba qala ho buisana ba re: “Ke hobane’ng ha re lutse moo ho fihlela re shoele? 4 Haeba re ne re itse, ‘A re keneng motseng,’ ha tlala e le motseng, ka ho tšoanang re ne re tla shoella moo.+ Haeba re lula mona, ka ho tšoanang re tla lokela ho shoa. Kahoo joale tloong ’me re futuheleng liahelo tsa Basyria. Haeba ba re boloka re phela, re tla phela; empa haeba ba re bolaea, joale re tla lokela ho shoa.”+ 5 Ka lebaka leo ba tloha ka shoalane hore ba kene liahelong tsa Basyria; ba fihla mathōkong a liahelo tsa Basyria, ’me bonang! ho ne ho se na motho moo.
6 Jehova o ne a entse hore lebotho la Basyria le utloe+ molumo oa likoloi tsa ntoa, molumo oa lipere, molumo oa lebotho le leholo+ la sesole, hoo ba ileng ba buisana ba re: “Bonang! Morena oa Iseraele o re hiretse marena a Bahethe+ le marena a Egepeta+ hore a re futuhele!” 7 Kapele-pele ba ema eaba ba qala ho baleha ka shoalane+ ’me ba siea litente tsa bona le lipere+ tsa bona le liesele tsa bona—liahelo li le kamoo li neng li le kateng—’me ba ’na ba balehisa meea ea bona.+
8 Ha balepera bana ba fihla mathōkong a liahelo, joale ba kena ka tenteng e ’ngoe eaba ba qala ho ja le ho noa ’me ba nka silevera le khauta le liaparo moo ’me ba tsamaea eaba baa li pata. Ka mor’a moo ba khutla eaba ba kena ka tenteng e ’ngoe ’me ba nka lintho moo ba tsamaea ’me ba li pata.+
9 Qetellong ba qala ho buisana ba re: “Seo re se etsang ha sea nepahala. Letsatsi lena ke letsatsi la litaba tse molemo!+ Haeba re tsilatsila, ’me re leta ho fihlela ka meso, re tla ba molato.+ Kahoo joale tloong ’me re keneng re tlalehele ntlo ea morena.” 10 Kahoo ba tla ’me ba bitsa balebeli ba liheke+ ba motse ’me ba ba tlalehela, ba re: “Re ile ra kena liahelong tsa Basyria, ’me, bonang! ho ne ho se na motho moo leha e le molumo oa motho, haese lipere tse tlanngoeng le liesele tse tlanngoeng le litente tse tlohetsoeng feela li le joalo.”+ 11 Hang-hang balebeli ba liheke ba hoeletsa ’me ba tlalehela ba ntlo ea morena ka hare.
12 Kapele-pele morena a tsoha bosiu ’me a re ho bahlanka ba hae:+ “Ka kōpo, e-reng ke le bolelle seo Basyria ba re entseng sona.+ Ba tseba hantle hore re lapile;+ kahoo ba tsoile liahelong ho ea ipata masimong,+ ba re, ‘Ba tla tsoa motseng, re tla ba tšoara ba phela, ’me re tla kena motseng.’” 13 Joale e mong oa bahlanka ba hae a araba ’me a re: “Ka kōpo, e-re ba nke tse hlano tsa lipere tse setseng, tse setseng motseng.+ Bonang! Ba tšoana le bongata bohle ba Iseraele bo setseng ho oona. Bonang! Ba tšoana le bongata bohle ba Iseraele bo timetseng.+ A re romeletseng ’me re bone.”14 Ka lebaka leo ba nka likoloi tse peli hammoho le lipere ’me morena a re ba sale lebotho la Basyria morao, a re: “E-eang ’me le bone.” 15 Eaba ba ba latela ho ea fihla Jordane; bonang! tsela eohle e ne e tletse liaparo le lisebelisoa+ tseo Basyria ba neng ba li lahlile ha ba ne ba tloha ka potlako.+ Joale manģosa a khutla ’me a tlalehela morena.
16 Batho ba tsoa ’me ba tlatlapa+ liahelo tsa Basyria; kahoo tekanyo ea seah ea phofo e thumisehileng ea rekoa ka shekele, ’me litekanyo tse peli tsa seah ea harese tsa rekoa ka shekele, ho ea ka lentsoe+ la Jehova. 17 Morena o ne a behile mothusi eo a neng a itšetlehile+ ka letsoho la hae hore a ikarabelle tseleng ea heke; batho ba ’na ba mo hatakela+ tseleng ea heke, hoo a ileng a shoa, feela joalokaha monna oa Molimo oa ’nete a ne a buile,+ ha a bua ka nako eo morena a neng a theohetse ho eena. 18 Kahoo ha etsahala feela joalokaha monna oa Molimo oa ’nete a ne a boleletse morena, a re: “Litekanyo tse peli tsa seah ea harese li tla rekoa ka shekele le tekanyo ea seah ea phofo e thumisehileng e tla rekoa ka shekele hosasane ka nako ena tseleng ea heke ea Samaria.”+ 19 Empa mothusi a araba monna oa Molimo oa ’nete ’me a re: “Esita le haeba Jehova a ne a etsa likhoro tsa moroallo maholimong, na ho ne ho ka etsahala ho ea ka lentsoe lee?”+ Eaba o re: “Bona! u iponela ka mahlo, empa u ke ke ua e ja.”+ 20 Kahoo ha etsahala joalo ho eena,+ ha batho ba ntse ba mo hatakela+ tseleng ea heke, hoo a ileng a shoa.
8 Elisha o ne a buile le mosali eo a neng a tsositse+ mora oa hae, a re: “Tloha u tsamaee, uena le ba ntlo ea hao, ’me u lule u le mojaki kae kapa kae moo u ka lulang u le mojaki;+ etsoe Jehova o bitsitse tlala,+ ’me, ntle ho moo, e tla tla naheng ka lilemo tse supileng.”+ 2 Kahoo mosali eo a ema ’me a etsa ho ea ka lentsoe la monna oa Molimo oa ’nete ’me a tsamaea,+ eena le ba ntlo ea hae,+ eaba o lula e le mojaki naheng ea Bafilista+ ka lilemo tse supileng.
3 Eitse bofelong ba lilemo tse supileng mosali eo a khutla naheng ea Bafilista ’me a tsoa ho ea kōpa ntlo ea hae le tšimo ea hae ho morena.+ 4 Joale morena o ne a ntse a bua le Gehazi+ mohlanka oa monna oa Molimo oa ’nete, a re: “Ka kōpo, mphetele lintho tsohle tse khōlō tseo Elisha a li entseng.”+ 5 Eitse ha a ntse a phetela morena kamoo a neng a tsositse mofu,+ joale mosali eo a neng a tsositse mora oa hae o ne a kōpa ntlo ea hae le tšimo+ ea hae ho morena. Hang-hang Gehazi a re: “Khosi+ ea ka morena, mosali eo ke enoa, ’me mora oa hae ke enoa eo Elisha a mo tsositseng.” 6 Eaba morena o botsa mosali eo, ’me a tsoela pele ho mo phetela pale eo.+ Joale morena a mo fa molaoli oa lekhotla,+ a re: “Khutlisa sohle sa hae le lihlahisoa tsohle tsa tšimo tsa ho tloha letsatsing la ho tloha ha hae naheng ena ho fihlela hona joale.”+
7 Elisha a fihla Damaseka;+ Ben-hadade+ morena oa Syria o ne a kula. Ka lebaka leo a tlaleheloa, ha thoe: “Monna oa Molimo+ oa ’nete o fihlile mona.” 8 Eaba morena o re ho Hazaele:+ “Nka mpho+ letsohong la hao ’me u kopane le monna oa Molimo oa ’nete, ’me u botse+ Jehova ka eena, u re, ‘Na ke tla hlaphoheloa boloetseng boo?’” 9 Kahoo Hazaele a tsamaea ho ea kopana le eena ’me a nka mpho letsohong la hae, esita le ntho e molemo ea Damaseka ea mofuta o mong le o mong, mojaro oa likamele tse mashome a mane, eaba oa tla ’me o ema ka pel’a hae o re: “Mora oa hao,+ Ben-hadade, morena oa Syria, o nthometse ho uena, o re, ‘Na ke tla hlaphoheloa boloetseng boo?’” 10 Joale Elisha a re ho eena: “Tsamaea, u re ho eena, ‘Ka sebele u tla hlaphoheloa,’ Jehova o mpontšitse+ hore ka sebele o tla shoa.”+ 11 A tsoela pele a talimile ka tieo ’me a ’na a talima ho fihlela a soaba. Joale monna oa Molimo oa ’nete a lla.+ 12 Eaba Hazaele o re: “Ke hobane’ng ha moren ’a ka a lla?” Eaba o re: “Kahobane ke tseba hantle se kotsi+ seo u tlang ho se etsa ho bara ba Iseraele. Libaka tsa bona tse etselitsoeng liqhobosheane u tla li chesa ka mollo, ’me banna ba bona ba khethehileng u tla ba bolaea ka sabole, ’me bana ba bona u tla ba robakanya,+ le basali ba bona ba baimana u tla ba tabola.”+ 13 Ka mor’a moo Hazaele a re: “Mohlanka oa hao ke’ng, haese ntja+ feela, hoo a ka etsang ntho ee e khōlō?” Empa Elisha a re: “Jehova o mpontšitse uena u le morena oa Syria.”+
14 Ka mor’a moo a tloha ho Elisha ’me a tla ho morena oa hae, eo joale a ileng a re ho eena: “Elisha o itse’ng ho uena?” Eaba o re: “O itse ho ’na, ‘Ka sebele u tla hlaphoheloa.’”+ 15 Eare letsatsing le hlahlamang a nka lesela le koahelang moalo ’me a le ina ka metsing ’me a mo koahela sefahleho+ ka lona, hoo a ileng a shoa.+ Hazaele+ a qala ho busa sebakeng sa hae.
16 Ka selemo sa bohlano sa Jorame+ mora oa Akabe morena oa Iseraele, ha Josafate e ntse e le morena oa Juda, Jorame+ mora oa Josafate morena oa Juda ea e-ba morena. 17 O ne a le lilemo li mashome a mararo a metso e ’meli ha e e-ba morena, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse robeli.+ 18 A qala ho tsamaea tseleng ea marena a Iseraele,+ feela joalokaha ba ntlo ea Akabe ba ne ba entse;+ etsoe morali oa Akabe e ile ea e-ba mosali oa hae,+ ’me a ’na a etsa se sebe mahlong a Jehova. 19 Jehova o ne a sa batle ho felisa Juda+ ka lebaka la mohlanka oa hae Davida,+ feela joalokaha a ne a mo tšepisitse ho fa eena le bara ba hae lebone+ kamehla.
20 Matsatsing a hae Baedomo+ ba fetohela Bajuda, ’me joale ba etsa hore morena+ a ba buse. 21 Ka lebaka leo Jorame a fetela Zaire, hammoho le likoloi tsohle. A tsoha bosiu ’me a bolaea Baedomo ba neng ba mo pota-potile le baokameli ba likoloi; batho ba balehela litenteng tsa bona. 22 Empa Baedomo ba tsoela pele ho fetohela Bajuda ho fihlela letsatsing lena. Joale Libna+ ea qala ho etsa bofetoheli.
23 Litaba tse ling kaofela tsa Jorame le sohle seo a se entseng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Juda? 24 Qetellong Jorame a robala le baholo-holo+ ba hae ’me a patoa le baholo-holo ba hae Motseng oa Davida.+ Mora oa hae Akazia+ a qala ho busa sebakeng sa hae.
25 Ka selemo sa leshome le metso e ’meli sa Jorame mora oa Akabe morena oa Iseraele, Akazia mora oa Jorame morena oa Juda ea e-ba morena.+ 26 Akazia o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e ’meli ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema+ ka selemo se le seng. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Athalia+ setloholo sa Omri+ morena oa Iseraele. 27 A tsamaea tseleng ea ntlo ea Akabe+ ’me a ’na a etsa se sebe mahlong+ a Jehova, joaloka ntlo ea Akabe, etsoe o ne a amana le ntlo ea Akabe ka lenyalo.+ 28 Ka lebaka leo a ea le Jorame mora oa Akabe ntoeng khahlanong le Hazaele+ morena oa Syria e Ramothe-gileade,+ empa Basyria ba hlaba+ Jorame. 29 Kahoo Morena Jorame+ a khutlela Jezriele+ hore a fole maqebeng ao Basyria ba neng ba mo ntšitse ’ona Rama ha a loantša Hazaele morena oa Syria. Ha e le Akazia+ mora oa Jorame morena oa Juda, a theoha ho ea bona Jorame mora oa Akabe Jezriele, etsoe o ne a kula.
9 Moprofeta Elisha a bitsa e mong oa bara+ ba baprofeta joale a re ho eena: “Itlame letheka+ ’me u nke botlolo+ ena ea oli letsohong la hao u ee Ramothe-gileade.+ 2 Ha u fihlile moo, u bone Jehu+ mora oa Josafate mora oa Nimshi moo; u kene u mo emise har’a barab’abo ’me u mo kenye ka kamoreng e ka hare-hare.+ 3 U nke botlolo ea oli ’me u mo tšele ka eona hloohong+ u re, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Ke u tlotsa+ hore u be morena+ oa Iseraele.”’ U bule lemati u balehe ’me u se ke ua leta.”
4 Mohlanka, mohlanka oa moprofeta, a ea Ramothe-gileade. 5 Ha a fihla, balaoli ba lebotho la sesole ba ne ba lutse moo. Joale a re: “Ho na le lentsoe leo ke nang le lona bakeng sa hao,+ Uena molaoli.” Eaba Jehu o re: “Bakeng sa ofe ho rōna kaofela?” Joale a re: “Bakeng sa hao, Uena molaoli.” 6 Kahoo a ema ’me a kena ka tlung; a mo tšela ka oli hloohong ’me a re ho eena: “Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘Ke u tlotsa hore u be morena+ oa sechaba+ sa Jehova, ke hore, oa Iseraele. 7 U hlasele ntlo ea morena oa hao Akabe, ’me ke tla pheteletsa+ mali a bahlanka ba ka baprofeta le mali a bahlanka bohle ba Jehova letsohong la Jezebele.+ 8 Ntlo eohle ea Akabe e tla timela; ke tla felisa ho Akabe+ mang kapa mang ea ntšetsang metsi lerakong+ le mang kapa mang ea se nang thuso+ le eo e seng oa bohlokoa Iseraele. 9 Ke tla etsa hore ntlo ea Akabe e be joaloka ntlo ea Jeroboame+ mora oa Nebate le joaloka ntlo ea Basha+ mora oa Akija. 10 Lintja li tla jella+ Jezebele tšimong e Jezriele, ’me ha ho ea tla mo pata.’” Eaba o bula lemati ’me o qala ho baleha.+
11 Ha e le Jehu, a tsoa ho ea ho bahlanka ba morena oa hae, ’me ba qala ho re ho eena: “Na ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ikela hantle?+ Ke hobane’ng ha monna enoa ea hlanyang+ a tlile ho uena?” Empa a re ho bona: “Le tseba monna eo hantle le lipuo tsa hae.” 12 Empa ba re: “Ke bohata! Ka kōpo, re bolelle.” Joale a re: “O buile tjena le tjena le ’na, a re, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Ke u tlotsa hore u be morena oa Iseraele.”’”+ 13 Eaba ka potlako e mong le e mong o nka seaparo+ sa hae ’me o se beha tlas’a hae holim ’a litepisi tse sa koaheloang ka letho, ’me ba qala ho letsa lenaka+ ba re: “Jehu ke morena!”+ 14 Jehu+ mora oa Josafate mora oa Nimshi+ a rerela Jorame bolotsana.+
Jorame o ne a ntse a lebetse Ramothe-gileade,+ eena le Baiseraele bohle, ka lebaka la Hazaele+ morena oa Syria. 15 Hamorao Morena Jorame+ a khutlela Jezriele+ hore a fole maqebeng ao Basyria ba neng ba mo ntšitse ’ona ha a ne a loantša Hazaele morena oa Syria.+
Joale Jehu a re: “Haeba meea ea lōna e lumela,+ le se ke la tlohela leha e le mang hore a tsoe a balehe motseng ho ea tlaleha Jezriele.” 16 Jehu a qala ho kalla ’me a ea Jezriele; etsoe Jorame o ne a robetse moo, ’me Akazia+ morena oa Juda o ne a theohile ho ea bona Jorame. 17 Molebeli+ o ne a eme holim ’a tora+ Jezriele,+ eaba o bona letšoele le nyolohang la banna ba Jehu ha a tla, ’me hang-hang a re: “Ke bona letšoele le nyolohang la banna.” Eaba Jorame o re: “Nka monna ea palameng pere ’me u mo romele ho ba khahlanyetsa, ’me u re a re, ‘Na khotso e teng?’”+ 18 Ka lebaka leo mopalami oa pere a ea ho mo khahlanyetsa ’me a re: “Sena ke seo morena a se boletseng, ‘Na khotso e teng?’” Empa Jehu a re: “U na le taba efe le ‘khotso’?+ Fetela ka mor’a ka!”
Molebeli+ a tsoela pele ho tlaleha, a re: “Lenģosa le fihlile ho bona, empa ha lea khutla.” 19 Kahoo a romela mopalami oa bobeli oa pere, eo eitseng ha a fihla ho bona, a ileng a re: “Sena ke seo morena a se boletseng, ‘Na khotso e teng?’” Empa Jehu a re: “U na le taba efe le ‘khotso’?+ Fetela ka mor’a ka!”
20 Molebeli a tsoela pele ho tlaleha, a re: “O fihlile ho bona, empa ha aa khutla; ho palama ke ho palama ho tšoanang le ha Jehu+ setloholo sa Nimshi,+ etsoe o palama joaloka lehlanya.”+ 21 Eaba Jorame o re: “Qhaneha!”+ Kahoo koloi ea hae ea ntoa ea qhanehoa ’me Jorame morena oa Iseraele le Akazia+ morena oa Juda ba tsoa, e mong le e mong a le ka koloing ea hae ea ntoa. Ha ba tsoela pele ho ea khahlanyetsa Jehu, ba mo fumana tšimong ea Nabothe+ Mojezriele.
22 Eitse hang ha Jorame a bona Jehu, kapele-pele a re: “Na khotso e teng, Jehu?” Empa a re: “Ke khotso+ ea eng e ka bang teng hafeela ho e-na le bohlola ba ’m ’ao Jezebele+ le boloi+ ba hae bo bongata?” 23 Hang-hang Jorame a tjekisa koloi ka matsoho, e le hore a ka baleha, ’me a re ho Akazia: “Akazia, ho na le qhekello!”+ 24 Jehu a tšoara seqha+ ka letsoho ’me a fula Jorame pakeng tsa mahetla, hoo motsu o ileng oa tsoa pelong ea hae, ’me a oela ka koloing ea hae ea ntoa.+ 25 Joale a re ho mothusi+ oa hae Bidkare: “Mo phahamise; u mo lahlele tšimong ea Nabothe Mojezriele;+ etsoe hopola: ’Na le uena re ne re palame likoloi tse huloang ke lihlopha tsa lipere ka mor’a ntat’ae Akabe, ’me Jehova a bua phatlalatso+ ena khahlanong le eena: 26 ‘“Ka sebele maobane ke bone mali+ a Nabothe le mali a bara+ ba hae,” ho bolela Jehova, “’me ka sebele ke tla u buseletsa+ tšimong ena,” ho bolela Jehova.’ Kahoo joale, mo phahamise; u mo lahlele tšimong ho ea ka lentsoe la Jehova.”+
27 Akazia+ morena oa Juda a ho bona ’me a baleha ka tsela ea ntlo ea serapa.+ (Hamorao Jehu a mo lelekisa ’me a re: “Le eena ka ho tšoanang! Le mo hlabe!” [Kahoo ba mo hlaba] ha a sa ntse a le ka koloing tseleng e nyolohelang Gure, e haufi le Ibleame.+ A tsoela pele ho balehela Megido+ ’me a shoella moo.+ 28 Joale bahlanka ba hae ba mo nka ka koloi ho ea Jerusalema, ’me kahoo ba mo pata lebitleng la hae le baholo-holo ba hae Motseng oa Davida.+ 29 E ne e le ka selemo sa leshome le motso o mong sa Jorame+ mora oa Akabe ha Akazia+ e e-ba morena oa Juda.)
30 Qetellong Jehu a fihla Jezriele,+ ’me Jezebele+ a utloa ka hona. A itaka+ mahlo ka setlolo se takang se setšo ’me a itokisa hlooho hantle+ eaba o talima tlaase ka fensetere.+ 31 Jehu a kena ka heke. Joale Jezebele a re: “Na ho iketse hantle ka Zimri+ ’molai oa morena oa hae?” 32 Eaba Jehu o phahamisetsa sefahleho sa hae nģ’a fensetere ’me o re: “Ke mang ea nang le ’na? Ke mang?”+ Kapele-pele balaoli ba lekhotla+ ba babeli kapa ba bararo ba talima tlaase ho eena. 33 Kahoo a re: “Mo liheleng!”+ Joale ba mo lihela, ’me mali a mang a hae a qaphaletsa holim ’a lerako le holim ’a lipere; joale a mo hatakela.+ 34 Ka mor’a moo a kena ’me a ja le ho noa eaba o re: “Ka kōpo, hlokomelang enoa ea rohakiloeng+ ’me le mo pate, etsoe ke morali oa morena.”+ 35 Ha ba il’o mo pata, ha baa ka ba fumana letho la hae haese lehata le maoto le liatla.+ 36 Ha ba khutla ’me ba mo bolella, a tsoela pele ho re: “Ke lentsoe la Jehova leo a le buileng ka+ mohlanka oa hae Elia Motishba, a re, ‘Tšimong ea Jezriele lintja li tla ja nama ea Jezebele.+ 37 Ka sebele setopo sa Jezebele se tla fetoha moiteli+ holim ’a tšimo ea Jezriele, e le hore ba se ke ba re: “Enoa ke Jezebele.”’”+
10 Joale Akabe o ne a e-na le bara ba mashome a supileng+ Samaria.+ Ka hona Jehu a ngola mangolo ’me a a romela Samaria ho likhosana+ tsa Jezriele, ho banna ba baholo+ le ho bahlokomeli ba Akabe, a re: 2 “Joale, nakong eo ka eona lengolo lena le fihlang ho lōna bara ba morena oa lōna ba na le lōna, ’me likoloi tsa ntoa le lipere+ le motse o etselitsoeng qhobosheane le lihlomo li ho lōna. 3 Le bone hore na ke ofe e motlehali le ea lokileng ka ho fetisisa ho bara ba morena oa lōna ’me le mo behe teroneng ea ntat’ae.+ Joale le loanele ntlo ea morena oa lōna.”
4 Ba tšoha haholo ’me ba qala ho re: “Bonang! Marena a mabeli+ ha aa ka a ema ka pel’a hae, ’me rōna re tla ema joang?”+ 5 Ka lebaka leo ea neng a okametse ntlo le ea neng a okametse motse le banna ba baholo le bahlokomeli+ ba romeletsa ho Jehu, ba re: “Re bahlanka ba hao, ’me re tla etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u re bolellang eona. Re ke ke ra etsa leha e le mang morena. U etse se molemo mahlong a hao.”
6 Eaba o ba ngolla lengolo la bobeli, o re: “Haeba le ba ka,+ ’me le mamela lentsoe la ka, khaolang lihlooho tsa banna bao e leng bara+ ba morena oa lōna ’me le tle ho ’na hosasane ka nako ena Jezriele.”+
Joale bara ba morena, banna ba mashome a supileng, ba ne ba e-na le banna ba hlaheletseng ba motse ba neng ba ba hōlisa. 7 Eitse hang ha lengolo le fihla ho bona, ba nka bara ba morena ’me ba ba bolaea, banna ba mashome a supileng,+ ka mor’a moo ba tšela lihlooho tsa bona ka libasketeng ’me ba li romela ho eena Jezriele. 8 Joale lenģosa+ la kena ’me la mo bolella, la re: “Ba tlisitse lihlooho+ tsa bara ba morena.” Kahoo a re: “Li beheng ka liqubu tse peli monyako oa heke ho fihlela hoseng.”+ 9 Hoseng a tsoa. Joale a ema eaba o re ho batho bohle: “Le lokile.+ Bonang! ke reretse moren ’a ka bolotsana,+ ’me ke mo bolaile;+ empa ke mang ea bolaileng bana kaofela? 10 Joale, le tsebe hore ha ho letho lentsoeng la Jehova leo Jehova a le buileng khahlanong le ntlo ea Akabe+ le tlang ho oela fatše+ le sa phethahale; Jehova o entse seo a se buileng ka mohlanka oa hae Elia.”+ 11 Ho feta moo, Jehu a tsoela pele ho bolaea bohle ba neng ba setse ba ntlo ea Akabe Jezriele le banna bohle ba hae ba hlaheletseng+ le ba neng ba mo tloaetse le baprista ba hae,+ ho fihlela a sa siea+ mophonyohi oa hae.
12 A ema ’me a kena, joale a ea Samaria. Ntlo ea balisa eo ho tlameloang linku ho eona e ne e le tseleng. 13 Jehu a teana le barab’abo+ Akazia+ morena oa Juda. Ha a re ho bona, “Le bo-mang?” joale ba re: “Re barab’abo Akazia, ’me re il’o botsa hore na lintho li tsamaea hantle ka bara ba morena le bara ba mofumahali.” 14 Kapele-pele a re: “Ba tšoareng ba phela!”+ Kahoo ba ba tšoara ba phela ’me ba ba bolaela selibeng sa ntlo eo ho tlameloang linku ho eona, banna ba mashome a mane a metso e ’meli, ’me ha aa ka a siea le ea mong.+
15 Eare ha a tloha moo a teana le Jonadabe+ mora oa Rekabe+ a tlil’o mo khahlanyetsa. Ka lebaka leo, eitse ha a mo hlohonolofatsa+ a re ho eena: “Na pelo ea hao e lokile bakeng sa ka, feela joalokaha pelo ea ka e le joalo bakeng sa pelo ea hao?”+
Eaba Jonadabe o re: “E lokile.”
“Haeba e lokile, ntšoare ka letsoho.”
Kahoo a mo tšoara ka letsoho. Eaba o mo hloesetsa koloing ho eena.+ 16 Joale a re: “Tsamaea hammoho le ’na ’me u talime ho se mamelle ha ka tlhōlisano+ ea letho e lebisitsoeng ho Jehova.” Ba mo boloka a palame le eena koloing ea hae ea ntoa. 17 Qetellong a fihla Samaria. Joale a qala ho bolaea bohle ba neng ba setse ba Akabe Samaria, ho fihlela a ba felisitse,+ ho ea ka lentsoe la Jehova leo a neng a le boleletse Elia.+
18 Ho ekelletsa moo, Jehu a bokella batho bohle ’me a re ho bona: “Ka lehlakoreng le leng, Akabe, o rapetse Baale hanyenyane.+ Ka lehlakoreng le leng, Jehu o tla mo rapela haholo. 19 Kahoo joale bitsetsang ho ’na baprofeta+ bohle ba Baale, barapeli+ bohle ba hae le baprista+ bohle ba hae. Le se ke la tlohela le ea mong hore a be sieo, hobane ke na le sehlabelo se seholo bakeng sa Baale. Mang kapa mang ea bang sieo a ke ke a phela.” Ha e le Jehu, o ile a etsa ka masene,+ ka morero oa ho timetsa barapeli ba Baale.
20 Jehu a tsoela pele ho re: “Halaletsang seboka se hlomphehang bakeng sa Baale.” Ka lebaka leo ba se phatlalatsa. 21 Ka mor’a moo Jehu a romeletsa ho pholletsa le Iseraele+ eohle, hoo barapeli bohle ba Baale ba ileng ba kena. Ha ho le ea mong ea ileng a sala ea sa kang a kena. Ba ’na ba kena ka tlung ea Baale,+ ’me ntlo ea Baale ea tlala ho tloha pheletsong e ’ngoe ho isa pheletsong e ’ngoe. 22 Joale a re ho ea neng a hlokometse liaparo: “Ntšetsa barapeli bohle ba Baale liaparo.” Kahoo a ba ntšetsa liaparo. 23 Joale Jehu a kena le Jonadabe+ mora oa Rekabe ka tlung ea Baale. Joale a re ho barapeli ba Baale: “Batlisisang ’me le bone hore mona ha ho na le ea mong oa barapeli ba Jehova, haese barapeli ba Baale feela.”+ 24 Qetellong ba kena ho etsa mahlabelo le linyehelo tsa secheso, ’me Jehu a emisa ka ntle banna ba mashome a robeli ba taolong ea hae ’me a tsoela pele ho re: “Ha e le motho ea phonyohang ho batho bao ke ba tlisang matsohong a lōna, moea oa e mong o tla nkela moea oa e mong sebaka.”+
25 Eitse hang ha a qetile ho etsa nyehelo ea secheso, kapele-pele Jehu a re ho limathi le bathusi: “Kenang, le ba bolaee! Le se ke la tlohela le ea mong hore a tsoe.”+ Limathi le bathusi+ ba qala ho ba bolaea ka bohale ba sabole ’me ba ba ntšetsa ka ntle, ba ’na ba tsamaea ho ea fihla motseng oa ntlo ea Baale. 26 Joale ba ntša litšiea tse halalelang+ tsa ntlo ea Baale ’me ba chesa+ e ’ngoe le e ’ngoe. 27 Ho ekelletsa moo, ba heletsa tšiea e halalelang ea Baale+ ’me ba heletsa ntlo ea Baale,+ eaba ba e behella ka thōko hore e be ntloana+ ho fihlela letsatsing lena.
28 Kahoo Jehu a felisa Baale Iseraele. 29 E bile feela libe tsa Jeroboame+ mora oa Nebate, tseo ka tsona a neng a entse hore Baiseraele ba sitoe,+ tseo Jehu a sa kang a kheloha ho li latela, ke hore, manamane+ a khauta ao e ’ngoe ea ’ona e neng e le Bethele ’me e ’ngoe e le Dane.+ 30 Ka lebaka leo Jehova a re ho Jehu: “Ka lebaka la hore u entse hantle ka ho etsa se nepahetseng mahlong+ a ka, ’me u entse ntlo ea Akabe+ ho ea ka sohle se neng se le pelong ea ka, bara ba tla lula bakeng sa hao teroneng ea Iseraele ho isa molokong oa bone.”+ 31 Jehu ha aa ka a hlokomela ho tsamaea molaong oa Jehova Molimo oa Iseraele ka pelo ea hae eohle.+ Ha aa ka a kheloha libe tsa Jeroboame tseo ka tsona a neng a entse hore Baiseraele ba sitoe.+
32 Matsatsing ao Jehova a qala ho khaola Baiseraele hanyane ka hanyane; Hazaele+ a ’na a ba bolaea naheng eohle ea Iseraele, 33 ho tloha Jordane ho ea nģ’a bochaba-tsatsi, naha eohle ea Gileade,+ Bagade+ le Barubene+ le Bamanase,+ ho tloha Aroere,+ e leng haufi le phula ea molapo o phoroselang ea Arnone, esita le Gileade le Bashane.+
34 Litaba tse ling kaofela tsa Jehu le tsohle tseo a li entseng le matla ’ohle a hae, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Iseraele? 35 Qetellong Jehu a robala le baholo-holo+ ba hae, ’me ba mo pata Samaria; mora oa hae Joakaze+ a qala ho busa sebakeng sa hae. 36 Matsatsi ao Jehu a neng a busitse Iseraele ka ’ona e bile lilemo tse mashome a mabeli a metso e robeli Samaria.
11 Joale ha e le Athalia+ ’mè oa Akazia,+ a bona hore mora oa hae o shoele. Kahoo a ema ’me a timetsa bana bohle ba ’muso.+ 2 Leha ho le joalo, Josheba+ morali oa Morena Jorame, khaitseli ea Akazia, a nka Joase+ mora oa Akazia ’me a mo utsoa har’a bara ba morena ba neng ba lokela ho bolaoa, eena le mosali ea mo hlokomelang, a mo kenya ka kamoreng e ka hare ea litulo tse kang bethe, ba mo patela+ sefahleho sa Athalia, ’me ha aa ka a bolaoa. 3 A hlola le eena ntlong ea Jehova a ipatile ka lilemo tse tšeletseng, ha Athalia a ntse a busa naheng eo.+
4 Ka selemo sa bosupa Jehojada+ a romeletsa ’me a nka balaoli ba ba makholo ba balebeli ba Karia+ le ba limathi+ ’me a ba tlisa ho eena ntlong ea Jehova eaba o hlaba selekane+ le bona ’me o ba hlapantša+ ntlong ea Jehova, ka mor’a moo a ba bontša mora oa morena. 5 A tsoela pele ho ba laela, a re: “Ena ke ntho eo le tla e etsa: Karolo ea boraro ea lōna e tla kena ka sabatha ’me e lebele ntlo ea morena ka tieo;+ 6 karolo ea boraro e tla ba Hekeng+ ea Motheo, ’me karolo e ’ngoe ea boraro e tla ba hekeng e ka mor’a limathi; le lebele ntlo+ ka tieo ka ho sielana sebaka. 7 Ho na le lihlopha tse peli har’a lōna tseo kaofela li tsoang ka sabatha, ’me li tla lebela ntlo ea Jehova ka tieo molemong oa morena. 8 Le teele morena hare ka hohle, e mong le e mong a tšoere libetsa tsa hae letsohong; mang kapa mang ea kenang ka har’a mela o tla bolaoa. Le hlole le morena ha a tsoa le ha a kena.”
9 Balaoli ba ba makholo+ ba etsa ho ea ka sohle seo moprista Jehojada a neng a se laetse. Kahoo e mong le e mong a nka banna ba hae ba neng ba kena ka sabatha,+ hammoho le ba neng ba tsoa ka sabatha, joale ba kena ho moprista Jehojada. 10 Joale moprista a fa balaoli ba ba makholo marumo le lithebe tse chitja tseo e neng e le tsa Morena Davida, tse neng li le ka tlung ea Jehova.+ 11 Limathi+ tsa ’na tsa ema se seng le seng se tšoere libetsa tsa sona letsohong, ho tloha lehlakoreng le letona la ntlo ho ea fihla lehlakoreng le letšehali la ntlo, haufi le aletare+ le haufi le ntlo, ho pota-pota ka hohle haufi le morena. 12 Joale a ntša mora+ oa morena ’me a mo roesa mofapa-hlooho+ le Bopaki;+ kahoo ba mo etsa morena+ ’me ba mo tlotsa.+ Ba qala ho opa liatla+ ba re: “Morena a ke a phele!”+
13 Ha Athalia a utloa molumo oa batho ba mathang, hang-hang a tla ho sechaba ntlong ea Jehova.+ 14 Joale a talima, ’me morena o ne a eme moo haufi le tšiea+ ho ea ka tloaelo, ’me baokameli le literompeta+ ba le haufi le morena, ’me batho bohle ba naha ba thabile+ ebile ba letsa literompeta. Kapele-pele Athalia+ a hahola liaparo tsa hae ’me a qala ho hooa: “Morero oa bolotsana! Morero oa bolotsana!”+ 15 Empa moprista Jehojada a laela balaoli ba ba makholo, ba lebotho la sesole+ ba behiloeng, ’me a re ho bona: “Mo ntšeng ka har’a mela, ’me, ha e le mang kapa mang ea mo salang morao, a ke a bolaoe ka sabole!”+ Etsoe moprista o ne a itse: “A se ke a bolaeloa ka tlung ea Jehova.” 16 Kahoo ba mo tšoara ’me a tla ka tsela ea monyako+ oa lipere oa ntlo+ ea morena, ’me a bolaeloa moo.+
17 Joale Jehojada a hlaba selekane+ pakeng tsa Jehova+ le morena+ le batho, hore e be batho ba Jehova; le pakeng tsa morena le batho.+ 18 Ka mor’a moo batho bohle ba naha ba tla ntlong ea Baale ’me ba heletsa lialetare+ tsa hae; litšoantšo tsa hae ba li qhaqha ka ho phethahetseng,+ ’me Matane+ moprista oa Baale ba mo bolaela ka pel’a lialetare.+
Moprista a beha balebeli ntlong ea Jehova.+ 19 Ho ekelletsa moo, a nka balaoli ba ba makholo le balebeli ba Karia+ le limathi+ le batho bohle ba naha, e le hore ba ka theola morena ntlong ea Jehova; ba tla butle-butle ka tsela ea heke+ ea limathi ho ea ntlong ea morena; a qala ho lula teroneng+ ea marena. 20 Batho bohle ba naha ba tsoela pele ho thaba;+ motse ha oa ka oa khathatsoa, ’me ba ne ba bolaile Athalia ka sabole ntlong ea morena.+
21 Joase+ o ne a le lilemo li supileng ha a qala ho busa.+
12 Ka selemo sa bosupa sa Jehu,+ Joase+ ea e-ba morena, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse mashome a mane. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Zibia ea tsoang Beerseba. 2 Joase a tsoela pele ho etsa se nepahetseng mahlong a Jehova ka matsatsi ’ohle a hae ao ka ’ona moprista Jehojada a neng a mo rupela.+ 3 Ke libaka tse phahameng feela tse sa kang tsa nyamela.+ Batho ba ne ba ntse ba etsa mahlabelo ’me ba etsa mosi oa sehlabelo libakeng tse phahameng.
4 Joase a re ho baprista:+ “Chelete eohle ea linyehelo tse halalelang+ e tlisoang ntlong ea Jehova,+ chelete eo e mong le e mong a lekanngoang+ ka eona, chelete ea meea ho ea ka ho lekanngoa+ ha motho ka mong, chelete eohle eo ho tsoang pelong ea e mong le e mong hore a e tlise ntlong ea Jehova,+ 5 baprista ba inkele eona, e mong le e mong ho eo a mo tloaetseng;+ ba lokise matlere a ntlo kae kapa kae moo letlere le fumanoang teng.”+
6 Ka selemo sa mashome a mabeli a metso e meraro sa Morena Joase, baprista ba ne ba ntse ba e-s’o lokise matlere a ntlo.+ 7 Kahoo Morena Joase a bitsa moprista Jehojada+ le baprista ’me a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le sa lokise matlere a ntlo? Joale, he, le se ke la hlola le nka chelete ho bao le ba tloaetseng, empa le lokela ho fana ka eona bakeng sa matlere a ntlo.”+ 8 Eaba baprista ba lumela hore ba se ke ba hlola ba nka chelete ho batho le hore ba se ke ba lokisa matlere a ntlo.
9 Joale moprista Jehojada a nka lebokose+ a le phunya lesoba sekoahelong ’me a le beha ka thōko ho aletare lehlakoreng le letona ha motho a kena ka tlung ea Jehova, ’me moo baprista, balebeli ba menyako,+ ba kenya chelete+ eohle e neng e tlisoa ka tlung ea Jehova. 10 E ne e re hang ha ba bona hore ho na le chelete e ngata ka lebokoseng, mongoli+ oa morena le moprista ea phahameng ba ne ba tla, ’me ba ne ba le phuthela ’me ba bala chelete e neng e fumanoa ntlong ea Jehova.+ 11 Ba nehelana ka chelete e neng e baliloe matsohong a baetsi+ ba mosebetsi ba neng ba behiloe ntlong ea Jehova. Le bona ba e lefa ba sebetsang ka lehong le lihahi tse neng li sebetsa ntlong ea Jehova, 12 le ba hahang ka lejoe le babetli ba majoe,+ ’me ba reka lifate le majoe a betliloeng bakeng sa ho lokisa matlere a ntlo ea Jehova le bakeng sa sohle se neng se sebelisitsoe bakeng sa ho lokisa ntlo.
13 Feela mabapi le ntlo ea Jehova ho ne ho sa etsoa libeisine tsa silevera, litima-lebone,+ likotlolo,+ literompeta,+ ntho ea mofuta leha e le ofe ea khauta le ntho ea silevera ka chelete e neng e tlisoa ntlong ea Jehova;+ 14 etsoe ba ne ba e fa baetsi ba mosebetsi, ’me ba ile ba lokisa ntlo ea Jehova ka eona.+ 15 Ba ne ba sa batle boikarabello+ ho batho bao ba neng ba fane ka chelete matsohong a bona hore ba e fe baetsi ba mosebetsi,+ kahobane ba ne ba sebetsa ka botšepehi.+ 16 Ha e le chelete ea linyehelo tsa molato+ le chelete ea linyehelo tsa sebe, e ne e sa tlisoe ntlong ea Jehova. Kahoo ea e-ba ea baprista.+
17 Joale Hazaele+ morena oa Syria a nyoloha ho ea loantša Gathe+ le ho e hapa, ka mor’a moo Hazaele a lebisa sefahleho+ sa hae ho futuhela Jerusalema.+ 18 Eaba Joase morena oa Juda o nka linyehelo tsohle tse halalelang+ tseo Josafate le Jorame le Akazia baholo-holo ba hae, marena a Juda, ba neng ba li halalelitse le linyehelo tsa hae tse halalelang le khauta eohle e neng e ka fumanoa ka matlotlong a ntlo ea Jehova le ntlo ea morena ’me o li romela+ ho Hazaele morena oa Syria. Kahoo a ikhula hore a se ke a futuhela Jerusalema.
19 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Joase le tsohle tseo a li entseng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Juda? 20 Leha ho le joalo, bahlanka+ ba hae ba ema ’me ba etsa selekane sa morero oa bolotsana+ hammoho ’me ba bolaea Joase ntlong+ ea Tutulu,+ tseleng e theohelang Sila. 21 Jozakare mora oa Shimeathe le Jozabade+ mora oa Shomere, bahlanka ba hae, ke bona ba ileng ba mo otla, hoo a ileng a shoa. Ka lebaka leo ba mo pata le baholo-holo ba hae Motseng oa Davida; mora oa hae Amazia+ a qala ho busa sebakeng sa hae.
13 Ka selemo sa mashome a mabeli a metso e meraro sa Joase+ mora oa Akazia+ morena oa Juda, Joakaze+ mora oa Jehu+ ea e-ba morena oa Iseraele Samaria ka lilemo tse leshome le metso e supileng. 2 A tsoela pele ho etsa se sebe mahlong+ a Jehova ’me a qala ho latela ka ho phehella sebe sa Jeroboame+ mora oa Nebate, seo ka sona a entseng hore Baiseraele ba sitoe.+ Ha aa ka a se kheloha. 3 Bohale+ ba Jehova ba tukela Baiseraele, hoo a ileng a nehelana ka bona letsohong la Hazaele+ morena oa Syria le letsohong la Ben-hadade+ mora oa Hazaele ka matsatsi ’ohle a bona.
4 Qetellong Joakaze a nolofatsa+ sefahleho sa Jehova, hoo Jehova a ileng a mo mamela;+ etsoe o ne a bone khatello holim ’a Baiseraele,+ hobane morena oa Syria o ne a ba hateletse.+ 5 Ka lebaka leo Jehova a fa Baiseraele mopholosi,+ hoo ba ileng ba tsoa tlas’a letsoho la Syria, ’me bara ba Iseraele ba tsoela pele ho lula malapeng a bona joaloka pele.+ 6 (Feela ha baa ka ba furalla sebe sa ntlo ea Jeroboame, seo ka sona a entseng hore Baiseraele ba sitoe.+ O ile a tsamaea ho sona;+ esita le palo+ e halalelang e ne e eme Samaria.) 7 Etsoe o ne a sa siela Joakaze batho leha e le bafe haese banna ba lipere ba mashome a mahlano le likoloi tse leshome le banna ba likete tse leshome ba tsamaeang ka maoto,+ hobane morena oa Syria o ne a ba timelitse,+ e le hore a ka ba etsa hore ba tšoane le lerōle ha ho poloa.+
8 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Joakaze le sohle seo a se entseng le matla a hae, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Iseraele? 9 Qetellong Joakaze a robala le baholo-holo ba hae, ’me ba mo pata Samaria;+ mora oa hae Joase+ a qala ho busa sebakeng sa hae.
10 Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa Joase morena oa Juda, Joase+ mora oa Joakaze ea e-ba morena oa Baiseraele Samaria ka lilemo tse leshome le metso e tšeletseng. 11 A tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova.+ Ha aa ka a furalla libe tsohle tsa Jeroboame mora oa Nebate, tseo ka tsona a entseng hore Baiseraele ba sitoe.+ O ile a tsamaea ho tsona.
12 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Joase le sohle seo a se entseng le matla a hae le kamoo a ileng a loantša+ Amazia morena oa Juda kateng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Iseraele? 13 Qetellong Joase a robala le baholo-holo ba hae, ’me Jeroboame+ a lula teroneng ea hae. Joase le eena a patoa Samaria le marena a Iseraele.+
14 Ha e le Elisha,+ o ne a kula a tšoeroe ke boloetse bo neng bo tla mo bolaea.+ Kahoo Joase morena oa Iseraele a theohela ho eena ’me a qala ho llela mahlong a hae a re: “Ntate,+ Ntate, koloi ea ntoa ea Iseraele le banna ba eona ba lipere!”+ 15 Elisha a re ho eena: “Nka seqha le metsu.” Kahoo a inkela seqha le metsu. 16 A tsoela pele ho re ho morena oa Iseraele: “Tšoara seqha ka letsoho.” Ka lebaka leo a se tšoara ka letsoho, ka mor’a moo Elisha a beha matsoho holim ’a matsoho+ a morena. 17 Joale a re: “Bula fensetere e ka bochabela.” Kahoo a e bula. Qetellong Elisha a re: “Fula!” Kahoo a fula. Joale a re: “Motsu oa Jehova oa poloko, motsu oa poloko+ khahlanong le Syria! Ka sebele u tla hlasela Syria Afeke+ ho fihlela e felile.”
18 A tsoela pele ho re: “Nka metsu.” Eaba oa e nka. Joale a re ho morena oa Iseraele: “Otla fatše.” Kahoo a otla ka makhetlo a mararo ’me a khaotsa.+ 19 Monna oa Molimo+ oa ’nete a mo halefela; kahoo a re: “Morero e ne e le hore u otle ka makhetlo a mahlano kapa a tšeletseng! Tabeng eo ka sebele u ne u tla hlasela Syria ho fihlela e felile, empa joale u tla hlasela Syria ka makhetlo a mararo.”+
20 Ka mor’a moo Elisha a shoa ’me ba mo pata.+ Ho ne ho e-na le lihlopha tse futuhang+ tsa Bamoabe+ tseo kamehla li neng li tla ka har’a naha mathoasong a selemo. 21 Eitse ha ba ntse ba pata motho, joale ba bona sehlopha se futuhang. Hang-hang ba lahlela motho eo sebakeng sa lepato sa Elisha ’me ba tsamaea. Ha motho eo a ama masapo a Elisha, kapele-pele a phela+ ’me a ema ka maoto.+
22 Ha e le Hazaele+ morena oa Syria, a hatella+ Baiseraele ka matsatsi ’ohle a Joakaze. 23 Leha ho le joalo, Jehova a ba bontša mohau+ ’me a ba hauhela+ eaba o retelehela ho bona ka lebaka la selekane+ sa hae le Abrahama,+ Isaka+ le Jakobo;+ ha aa ka a batla ho ba felisa,+ ’me ha aa ka a ba lahlela hōle le sefahleho sa hae ho fihlela hona joale. 24 Qetellong Hazaele morena oa Syria a shoa, ’me mora oa hae Ben-hadade a qala ho busa sebakeng sa hae. 25 Joase mora oa Joakaze a boela a hapa letsohong la Ben-hadade mora oa Hazaele metse eo a neng a e hapile letsohong la ntat’ae Joakaze ntoeng. Joase a mo hlasela ka makhetlo a mararo, ’me a lopolla metse ea Iseraele.+
14 Ka selemo sa bobeli sa Joase+ mora oa Joakaze morena oa Iseraele, Amazia+ mora oa Joase morena oa Juda ea e-ba morena. 2 O ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e mehlano ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse mashome a mabeli a metso e robong. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Jehoadine+ oa Jerusalema. 3 A tsoela pele ho etsa se lokileng mahlong+ a Jehova, feela eseng joaloka moholo-holo oa hae Davida.+ A etsa ho ea ka sohle seo ntat’ae Joase a neng a se entse.+ 4 Ke libaka tse phahameng feela tse sa kang tsa nyamela.+ Batho ba ne ba ntse ba etsa mahlabelo le mosi oa sehlabelo libakeng tse phahameng.+ 5 Eitse hang ha ’muso o tiile letsohong la hae, a qala ho bolaea+ bahlanka ba hae ba neng ba bolaile morena ntat’ae.+ 6 Ha aa ka a bolaea bara ba babolai, ho ea ka se ngoliloeng bukeng ea molao oa Moshe oo Jehova a o laetseng, a re:+ “Bo-ntate ha baa lokela ho bolaoa ka lebaka la bara, le bara ha baa lokela ho bolaoa ka lebaka la bo-ntate; empa e mong le e mong o lokela ho bolaoa ka lebaka la sebe sa hae.”+ 7 A bolaea Baedomo+ Phuleng ea Letsoai,+ banna ba likete tse leshome, eaba o hapa Sela ntoeng, ’me ea rehoa lebitso la Jokthiele ho fihlela letsatsing lena.
8 Joale Amazia a romela manģosa ho Joase mora oa Joakaze mora oa Jehu morena oa Iseraele, a re: “Tloo. A re shebane mahlong.”+ 9 Eaba Joase morena oa Iseraele o romeletsa ho Amazia morena oa Juda, o re: “Setlama-tlama se meutloa se neng se le Lebanone se ile sa romeletsa ho kedare+ e neng e le Lebanone, sa re, ‘Neha mora oa ka morali oa hao hore e be mosali oa hae.’ Leha ho le joalo, sebata sa naha se neng se le Lebanone sa feta ’me sa hatakela setlama-tlama se meutloa.+ 10 Ruri u bolaile+ Edomo, ’me pelo ea hao e u phahamisitse.+ Thabela tlhompho+ ea hao ’me u lule ka tlung ea hao. Joale, ke hobane’ng ha u kenella ho qabaneng+ tlas’a maemo a sa khahliseng+ e le hore u oe, uena hammoho le Juda?” 11 Amazia ha aa ka a mamela.+
Kahoo Joase morena oa Iseraele a nyoloha, eaba ba shebana mahlong,+ eena le Amazia morena oa Juda, ba le Bethe-shemeshe,+ ea Juda. 12 Bajuda ba hlōloa ka pel’a Baiseraele,+ hoo e mong le e mong a ileng a balehela tenteng ea hae. 13 Ke Amazia morena oa Juda mora oa Joase mora oa Akazia eo Joase morena oa Iseraele a ileng a mo hapa Bethe-shemeshe, ka mor’a moo ba tla Jerusalema eaba o phunya lerako la Jerusalema Hekeng ea Efraime+ ho fihlela Hekeng e Sekhutlong,+ litsoe tse makholo a mane. 14 A nka khauta eohle le silevera le lintho tsohle tse ka fumanoang ntlong ea Jehova+ le ka matlotlong a ntlo ea morena le batšoaruoa ba phapanyetsano ’me a ntan’o khutlela Samaria.
15 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Joase, seo a se entseng le matla a hae le kamoo a ileng a loantša Amazia morena oa Juda kateng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Iseraele? 16 Qetellong Joase a robala le baholo-holo+ ba hae ’me a patoa Samaria+ le marena a Iseraele, ’me mora oa hae Jeroboame+ a qala ho busa sebakeng sa hae.
17 Amazia+ mora oa Joase morena oa Juda a tsoela pele ho phela lilemo tse leshome le metso e mehlano+ ka mor’a lefu la Joase+ mora oa Joakaze morena oa Iseraele. 18 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Amazia, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Juda?+ 19 Qetellong ba etsa selekane khahlanong le eena ka morero oa bolotsana+ Jerusalema, ’me a balehela Lakishe;+ empa ba romeletsa hore a lelekisetsoe Lakishe ’me ba mo bolaela teng.+ 20 Kahoo ba mo nka ka lipere ’me a patoa+ Jerusalema le baholo-holo ba hae Motseng oa Davida.+ 21 Joale batho bohle ba Juda ba nka Azaria,+ eo ka nako eo a neng a le lilemo li leshome le metso e tšeletseng,+ ’me ba mo etsa morena sebakeng sa ntat’ae Amazia.+ 22 A haha Elathe+ ’me a e busetsa ho Juda ka mor’a hore morena a robale le baholo-holo ba hae.
23 Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa Amazia mora oa Joase morena oa Juda, Jeroboame+ mora oa Joase morena oa Iseraele ea e-ba morena Samaria ka lilemo tse mashome a mane a motso o mong. 24 A tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova. Ha aa ka a furalla libe tsohle tsa Jeroboame mora oa Nebate, tseo ka tsona a neng a entse hore Baiseraele ba sitoe.+ 25 Ke eena ea ileng a busetsa moeli oa Iseraele ho tloha moo ho kenoang teng Hamathe+ ho fihlela leoatleng la Araba,+ ho ea ka lentsoe la Jehova Molimo oa Iseraele ea neng a buile ka mohlanka oa hae Jonase+ mora oa Amitai, moprofeta ea neng a tsoa Gathe-hefere.+ 26 Etsoe Jehova o ne a bone mahloreho a bohloko haholo a Baiseraele.+ Ho ne ho se ea se nang thuso le eo e seng oa bohlokoa, kapa mothusi bakeng sa Baiseraele.+ 27 Jehova o ne a tšepisitse ho se hlakole lebitso la Iseraele ka tlas’a maholimo.+ Ka lebaka leo a ba pholosa+ ka letsoho la Jeroboame mora oa Joase.
28 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Jeroboame le tsohle tseo a li entseng le matla a hae, kamoo a ileng a loana le kamoo a ileng a busetsa Damaseka+ le Hamathe+ ho Juda e Iseraele, na ha lia ngoloa bukeng ea litaba tsa matsatsi a marena a Iseraele? 29 Qetellong Jeroboame a robala le baholo-holo ba hae, le marena a Iseraele, ’me mora oa hae Zakaria+ a qala ho busa sebakeng sa hae.
15 Ka selemo sa mashome a mabeli a metso e supileng sa Jeroboame morena oa Iseraele, Azaria+ mora oa Amazia+ morena oa Juda ea e-ba morena. 2 O ne a le lilemo li leshome le metso e tšeletseng ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse mashome a mahlano a metso e ’meli.+ Lebitso la ’m ’ae e ne e le Jekolia oa Jerusalema. 3 A tsoela pele ho etsa se lokileng mahlong a Jehova, ho ea ka sohle seo ntat’ae Amazia a neng a se entse.+ 4 Ke feela hore libaka tse phahameng ha lia ka tsa nyamela.+ Batho ba ne ba ntse ba etsa mahlabelo ’me ba etsa mosi oa sehlabelo libakeng tse phahameng.+ 5 Qetellong Jehova a otla morena,+ ’me a tsoela pele e le molepera+ ho fihlela letsatsing la lefu la hae, ’me a ’na a lula ka tlung ea hae a lokolotsoe mesebetsing,+ ha Jothame+ mora oa morena a ntse a okametse ntlo, a ahlola+ batho ba naha. 6 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Azaria le sohle seo a se entseng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Juda? 7 Qetellong Azaria a robala le baholo-holo+ ba hae, ’me ba mo pata le baholo-holo ba hae Motseng oa Davida; mora oa hae Jothame a qala ho busa sebakeng sa hae.+
8 Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robeli sa Azaria+ morena oa Juda, Zakaria+ mora oa Jeroboame ea e-ba morena oa Baiseraele Samaria ka likhoeli tse tšeletseng. 9 A tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova, feela joalokaha baholo-holo ba hae ba ne ba entse.+ Ha aa ka a furalla libe tsa Jeroboame+ mora oa Nebate, tseo ka tsona a entseng hore Baiseraele ba sitoe.+ 10 Joale Shalume mora oa Jabeshe a mo rerela bolotsana+ ’me a mo hlasela+ Ibleame+ eaba oa mo bolaea ’me o qala ho busa sebakeng sa hae. 11 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Zakaria, li ngotsoe bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Iseraele. 12 Leo e ne e le lentsoe+ la Jehova leo a neng a le boleletse Jehu, a re:+ “Bara+ ba tla lula teroneng ea Iseraele bakeng sa hao ho isa molokong oa bone.” Ho ile ha e-ba ka tsela eo.+
13 Ha e le Shalume mora oa Jabeshe, ea e-ba morena ka selemo sa mashome a mararo a metso e robong sa Uzia+ morena oa Juda, ’me a tsoela pele ho busa ka khoeli e tletseng Samaria.+ 14 Joale Menaheme+ mora oa Gadi a nyoloha Tirza+ ’me a fihla Samaria eaba o hlasela Shalume+ mora oa Jabeshe Samaria ’me oa mo bolaea; a qala ho busa sebakeng sa hae. 15 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Shalume le morero oa hae oa bolotsana+ oo ka oona a ileng a rera bolotsana, li ngotsoe bukeng ea litaba tsa matsatsi a marena a Iseraele. 16 Joale Menaheme a hlasela Tifsa le sohle se neng se le ho eona le sebaka sa eona ho tloha Tirza, hobane ha ea ka ea buleha, eaba o qala ho e hlasela. Basali bohle ba eona ba baimana a ba tabola.+
17 Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robong+ sa Azaria morena oa Juda, Menaheme mora oa Gadi ea e-ba morena oa Iseraele ka lilemo tse leshome Samaria. 18 A tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova.+ Ha aa ka a furalla libe tsohle tsa Jeroboame+ mora oa Nebate, tseo ka tsona a entseng hore Baiseraele ba sitoe,+ ka matsatsi ’ohle a hae. 19 Pule+ morena oa Assyria+ a kena naheng. Ka lebaka leo Menaheme a fa+ Pule litalenta tsa silevera+ tse sekete, e le hore matsoho a hae a be le eena ho tiisa ’muso letsohong+ la hae. 20 Kahoo Menaheme a tlisa silevera ka tšenyehelo ea Baiseraele, ka tšenyehelo ea banna bohle ba sebete, ba matla,+ hore a fe morena oa Assyria lishekele tsa silevera tse mashome a mahlano bakeng sa monna e mong le e mong. Eaba morena oa Assyria oa khutla, ’me ha aa ka a lula moo naheng. 21 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Menaheme+ le sohle seo a se entseng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Iseraele? 22 Qetellong Menaheme a robala le baholo-holo ba hae, ’me mora oa hae Pekakia+ a qala ho busa sebakeng sa hae.
23 Ka selemo sa mashome a mahlano sa Azaria morena oa Juda, Pekakia mora oa Menaheme ea e-ba morena oa Baiseraele Samaria ka lilemo tse peli.+ 24 A tsoela pele ho etsa se sebe mahlong+ a Jehova. Ha aa ka a furalla libe tsa Jeroboame+ mora oa Nebate, tseo ka tsona a entseng hore Baiseraele ba sitoe.+ 25 Joale Peka+ mora oa Remalia mothusi+ oa hae a mo rerela bolotsana+ ’me a mo hlasela Samaria toreng ea bolulo ea ntlo+ ea morena a e-na le Argobe le Arie, ’me o ne a e-na le banna ba mashome a mahlano ba bara ba Gileade. Kahoo a mo bolaea eaba o qala ho busa sebakeng sa hae. 26 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Pekakia le sohle seo a se entseng, li ngoliloe bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Iseraele.
27 Ka selemo sa mashome a mahlano a metso e ’meli sa Azaria morena oa Juda, Peka+ mora oa Remalia+ ea e-ba morena oa Baiseraele Samaria ka lilemo tse mashome a mabeli. 28 A tsoela pele ho etsa se sebe mahlong+ a Jehova. Ha aa ka a furalla libe tsa Jeroboame+ mora oa Nebate, tseo ka tsona a entseng hore Baiseraele ba sitoe.+ 29 Matsatsing a Peka morena oa Iseraele, Tiglathe-pilesere+ morena oa Assyria+ a kena ’me a hapa Ijone+ le Abele-bethe-maaka+ le Janooa le Kedeshe+ le Hazore+ le Gileade+ le Galilea,+ naha eohle ea Nefthali,+ ’me a e isa kholehong Assyria.+ 30 Qetellong Hoshea+ mora oa Ela a etsa morero oa bolotsana+ khahlanong le Peka mora oa Remalia ’me a mo hlasela+ eaba oa mo bolaea; a qala ho busa sebakeng sa hae ka selemo sa mashome a mabeli sa Jothame+ mora oa Uzia. 31 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Peka le sohle seo a se entseng, li ngoliloe bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Iseraele.
32 Ka selemo sa bobeli sa Peka mora oa Remalia morena oa Iseraele, Jothame+ mora oa Uzia+ morena oa Juda ea e-ba morena. 33 O ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e mehlano ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse leshome le metso e tšeletseng. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Jerusha morali oa Tsadoke.+ 34 A tsoela pele ho etsa se nepahetseng mahlong+ a Jehova. A etsa ho ea ka sohle seo ntat’ae Uzia a neng a se entse.+ 35 Ke feela hore libaka tse phahameng ha lia ka tsa nyamela. Batho ba ne ba ntse ba etsa mahlabelo le mosi oa sehlabelo libakeng tse phahameng.+ Ke eena ea ileng a haha heke e ka holimo ea ntlo ea Jehova.+ 36 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Jothame, seo a se entseng, na ha lia ngoloa bukeng ea litaba tsa matsatsi a marena a Juda?+ 37 Matsatsing ao Jehova a qala ho romela+ Rezine+ morena oa Syria le Peka+ mora oa Remalia khahlanong le Juda. 38 Qetellong Jothame a robala le baholo-holo ba hae ’me a patoa le baholo-holo ba hae Motseng oa moholo-holo oa hae Davida;+ mora oa hae Akaze+ a qala ho busa sebakeng sa hae.
16 Ka selemo sa leshome le metso e supileng sa Peka mora oa Remalia, Akaze+ mora oa Jothame morena oa Juda ea e-ba morena. 2 Akaze o ne a le lilemo li mashome a mabeli ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse leshome le metso e tšeletseng; ha aa ka a etsa se nepahetseng mahlong a Jehova Molimo oa hae joaloka moholo-holo oa hae Davida.+ 3 A qala ho tsamaea tseleng ea marena a Iseraele,+ esita le mora oa hae a mo fetisa mollong,+ ho ea ka lintho tse manyala+ tsa lichaba tseo Jehova a li lelekileng ka lebaka la bara ba Iseraele. 4 A ’na a etsa sehlabelo ’me a etsa mosi oa sehlabelo libakeng tse phahameng+ le holim ’a maralla+ le ka tlas’a sefate se seng le se seng se behang haholo.+
5 Joale Rezine+ morena oa Syria le Peka+ mora oa Remalia morena oa Iseraele ba futuhela Jerusalema ’me ba thibella Akaze, empa ha baa ka ba khona ho loana.+ 6 Nakong eo Rezine morena oa Syria a busetsa Elathe+ Edomo, ka mor’a moo a tlosa Bajuda Elathe; Baedomo ba kena Elathe ’me ba ’na ba lula moo ho fihlela letsatsing lena. 7 Kahoo Akaze a romela manģosa ho Tiglathe-pilesere+ morena oa Assyria, a re: “Ke ’na mohlanka+ oa hao le mora oa hao. Nyoloha ’me u mpholose+ seatleng sa morena oa Syria le seatleng sa morena oa Iseraele, ba ntsohelang matla.” 8 Ka lebaka leo Akaze a nka silevera le khauta e neng e ka fumanoa ntlong ea Jehova le matlotlong a ntlo+ ea morena ’me a romela morena oa Assyria tjotjo.+ 9 Eaba morena oa Assyria oa mo mamela ’me morena oa Assyria a nyolohela Damaseka+ a e hapa+ eaba o isa batho ba eona kholehong Kire,+ ’me a bolaea Rezine.+
10 Joale Morena Akaze+ a khahlanyetsa Tiglathe-pilesere+ morena oa Assyria Damaseka, ’me a bona aletare+ e neng e le Damaseka. Kahoo Morena Akaze a romela moprista Uria polane ea aletare eo le mohlala oa eona mabapi le moetso oohle oa eona.+ 11 Moprista Uria+ a haha aletare.+ Ho ea ka sohle seo Morena Akaze a neng a se rometse ho tsoa Damaseka ke tsela eo moprista Uria a ileng a e etsa ka eona, ho fihlela nakong eo Morena Akaze a ileng a tla ka eona ho tsoa Damaseka. 12 Ha morena a fihla ho tsoa Damaseka, morena a bona aletare; morena a qala ho atamela aletareng+ ’me a etsa linyehelo holim ’a eona.+ 13 A tsoela pele ho etsa hore nyehelo ea hae ea secheso+ le nyehelo ea hae ea lijo-thollo+ li kubelle+ eaba o tšolla nyehelo ea hae ea seno+ ’me o fafatsa mali a mahlabelo a hae a kopanetsoeng a neng a le holim ’a aletare. 14 Joale a atametsa aletare+ ea koporo e neng e le ka pel’a Jehova ka pel’a ntlo, pakeng tsa aletare ea hae le ntlo ea Jehova,+ ’me a e beha lehlakoreng le ka leboea la aletare ea hae. 15 Morena Akaze a tsoela pele ho laela moprista Uria,+ a re: “Etsa hore nyehelo ea secheso ea hoseng e kubelle+ holim ’a aletare e khōlō, le nyehelo ea lijo-thollo ea shoalane+ le nyehelo ea secheso ea morena+ le nyehelo ea hae ea lijo-thollo le nyehelo ea secheso ea batho bohle ba naha le nyehelo ea bona ea lijo-thollo le linyehelo tsa bona tsa seno; mali ’ohle a nyehelo ea secheso le mali ’ohle a sehlabelo u lokela ho a fafatsa holim ’a eona. Ha e le aletare ea koporo, e tla ba ho hong hoo ke nahanang ka hona.” 16 Moprista Uria+ a qala ho etsa ho ea ka sohle seo Morena Akaze a neng a se laetse.+
17 Ho feta moo, Morena Akaze a heletsa+ mabota a lehlakoreng+ a likariki+ ’me a tlosa libeisine+ ho ’ona; a theola leoatle+ holim ’a lipoho+ tsa koporo tse neng li le ka tlas’a lona a ntan’o le beha holim ’a sebaka se katiloeng ka majoe. 18 Mohaho o ruletsoeng bakeng sa sabatha oo ba neng ba o hahile ka tlung le tseleng e kenang e ka ntle ea morena a o tlosa ntlong ea Jehova ka lebaka la morena oa Assyria.
19 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Akaze, seo a se entseng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Juda? 20 Qetellong Akaze a robala le baholo-holo ba hae ’me a patoa le baholo-holo ba hae Motseng oa Davida;+ mora oa hae Ezekiase+ a qala ho busa sebakeng sa hae.
17 Ka selemo sa leshome le metso e ’meli sa Akaze morena oa Juda, Hoshea+ mora oa Ela ea e-ba morena oa Baiseraele Samaria+ ka lilemo tse robong. 2 A tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova, feela eseng joaloka marena a Iseraele a neng a bile teng pele ho eena.+ 3 Shalmanesere+ morena oa Assyria+ a mo futuhela, ’me Hoshea ea e-ba mohlanka oa hae eaba o qala ho mo ntšetsa sethabathaba.+ 4 Leha ho le joalo, morena oa Assyria a fumana morero oa bolotsana+ tabeng ea Hoshea, ka hore ebe o ne a rometse manģosa ho So morena oa Egepeta+ ’me o ne a sa ntšetsa morena oa Assyria sethabathaba joaloka lilemong tsa pele. Kahoo morena oa Assyria a mo koalla ’me a mo boloka a tlamiloe ka tlung ea botlamuoa.+
5 Morena oa Assyria a futuhela naha eohle ’me a nyolohela Samaria a e thibella+ ka lilemo tse tharo. 6 Ka selemo sa borobong sa Hoshea, morena oa Assyria a hapa Samaria+ ’me joale a isa Baiseraele kholehong+ Assyria ’me a etsa hore ba lule Hala+ le Habore nōkeng ea Gozane+ le metseng ea Bamede.+
7 Kahobane bara ba Iseraele ba ne ba sitetsoe+ Jehova Molimo oa bona, ea ba ntšitseng naheng ea Egepeta ka tlas’a letsoho la Faro morena oa Egepeta,+ ’me ba qala ho tšaba melimo e meng;+ 8 ba ’na ba tsamaea ka litaelo tse hlomamisitsoeng+ tsa lichaba tseo Jehova a neng a li lelekile ka pel’a bara ba Iseraele, le ka litaelo tse hlomamisitsoeng tsa marena a Iseraele tseo a neng a li entse; 9 bara ba Iseraele ba qala ho batlisisa lintho tse neng li sa nepahala ho ea ka Jehova Molimo+ oa bona ’me ba ’na ba ikahela libaka tse phahameng+ metseng eohle ea bona, ho tloha toreng+ ea balebeli ho fihlela motseng o etselitsoeng qhobosheane; 10 ba ’na ba itlhomela litšiea tse halalelang+ le lipalo tse halalelang+ holim ’a leralla+ le leng le le leng le phahameng le tlas’a sefate se seng le se seng se behang haholo;+ 11 moo libakeng tsohle tse phahameng ba tsoela pele ho etsa mosi oa sehlabelo joaloka lichaba+ tseo Jehova a neng a li isitse kholehong ka lebaka la bona, ’me ba ’na ba etsa lintho tse mpe ho siteloa+ Jehova;
12 Ba tsoela pele ho sebeletsa litšoantšo tse rapeloang+ tse nyonyehang, tseo malebana le tsona Jehova a neng a itse ho bona: “Le se ke la etsa ntho ena”;+ 13 Jehova a ’na a lemosa+ Baiseraele+ le Bajuda+ ka baprofeta+ bohle ba hae le ka e mong le e mong ea bonang lipono,+ a re: “Furallang litsela+ tsa lōna tse mpe ’me le boloke litaelo+ tsa ka, litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng,+ ho ea ka molao+ oohle oo ke o laetseng baholo-holo+ ba lōna le oo ke o rometseng ho lōna ka bahlanka ba ka baprofeta”;+ 14 ha baa ka ba mamela empa ba ’na ba satalatsa melala+ ea bona joaloka melala ea baholo-holo ba bona ba neng ba sa ka ba bontša tumelo+ ho Jehova Molimo oa bona; 15 ba tsoela pele ho lahla melao ea hae ea tsamaiso le selekane+ sa hae seo a neng a se hlabile le baholo-holo ba bona le likhopotso+ tsa hae tseo a neng a ba lemositse ka tsona, ’me ba qala ho latela litšoantšo tse rapeloang+ tsa lefeela ’me ba fetoha ba se nang thuso,+ esita le ka ho etsisa lichaba tse neng li ba pota-potile ka hohle, tseo malebana le tsona Jehova a neng a ba laetse hore ba se ke ba etsa joaloka tsona;+
16 Ba ’na ba tlohela litaelo+ tsohle tsa Jehova Molimo oa bona ’me ba iketsetsa liemahale tse entsoeng ka ho qhibilihisoa,+ manamane+ a mabeli, ’me ba etsa palo e halalelang,+ eaba ba qala ho inamela makhotla ’ohle a maholimo+ le ho sebeletsa Baale;+ 17 ba tsoela pele ho fetisa bara ba bona le barali ba bona mollong+ le ho sebelisa bonohe+ le ho batla lipontšo tsa se tlang,+ ’me ba ’na ba ithekisetsa+ ho etsa se sebe mahlong a Jehova, ho mo siteloa;+
18 Ka hona Jehova a tukela Baiseraele ka bohale,+ hoo a ileng a ba tlosa ponong+ ea hae. Ha aa ka a siea leha e le mang haese moloko oa Juda feela.+
19 Esita le Bajuda ha baa ka ba boloka litaelo tsa Jehova Molimo+ oa bona, empa ba qala ho tsamaea ka litaelo tse hlomamisitsoeng tsa Baiseraele+ tseo ba neng ba li entse. 20 Ka lebaka leo Jehova a lahla peō+ eohle ea Baiseraele ’me a ’na a ba hlorisa ’me a nehelana ka bona matsohong a ba nkang thepa ka mahahapa, ho fihlela a ba lahlile ka pel’a hae.+ 21 Etsoe o ile a arola Baiseraele ho ba ntlo ea Davida, eaba ba etsa Jeroboame mora oa Nebate morena; Jeroboame+ a arola Baiseraele hore ba se ke ba latela Jehova, ’me a etsa hore ba sitoe ka sebe se seholo.+ 22 Bara ba Iseraele ba qala ho tsamaea libeng tsohle tsa Jeroboame tseo a neng a li entse.+ Ha baa ka ba li furalla, 23 ho fihlela Jehova a tlositse Baiseraele ponong ea hae,+ feela joalokaha a ne a buile ka bahlanka bohle ba hae baprofeta.+ Kahoo Baiseraele ba tloha naheng ea bona ho ea kholehong Assyria ho fihlela letsatsing lena.+
24 Ka mor’a moo morena oa Assyria a tlisa batho ba tsoang Babylona+ le Kutha le Ava+ le Hamathe+ le Sefarvaime+ ’me a etsa hore ba lule metseng ea Samaria+ ho e-na le bara ba Iseraele; ba qala ho hapa Samaria le ho lula metseng ea eona. 25 Eitse ha ba qala ho lula moo ba se ke ba tšaba+ Jehova. Ka hona Jehova a romela litau+ har’a bona, ’me tsa ba bolaea. 26 Kahoo ba romela lentsoe ho morena oa Assyria, ba re: “Lichaba tseo u li isitseng kholehong ua ntan’o li beha metseng ea Samaria ha lia tseba bolumeli ba Molimo oa naha eo, hoo a ntseng a romela litau har’a tsona;+ bona! lia li bolaea, kahobane ho se na ba tsebang bolumeli ba Molimo oa naha eo.”
27 Eaba morena oa Assyria oa laela, o re: “E-reng e mong oa baprista+ bao le ba isitseng kholehong moo a ee teng, e le hore a ka ea ’me a lula moo eaba o li ruta bolumeli ba Molimo oa naha eo.” 28 Ka lebaka leo e mong oa baprista bao ba neng ba ba isitse kholehong ba tsoang Samaria a tla ’me a qala ho lula Bethele,+ ’me ea e-ba mosuoe oa tsona mabapi le kamoo li tšoanelang ho tšaba Jehova kateng.+
29 Leha ho le joalo, sechaba ka seng se fapaneng sa iketsetsa molimo+ oa sona, eo joale se ileng sa mo beha ka tlung ea libaka tse phahameng tseo Basamaria ba neng ba li entse, sechaba ka seng se fapaneng, metseng ea sona moo se neng se lula teng. 30 Batho ba Babylona ba etsa Sukothe-benothe, ’me batho ba Kuthe+ ba etsa Nergale, ’me batho ba Hamathe ba etsa Ashima. 31 Ha e le Baava,+ ba etsa Nibkaze le Tartake; Basefarvaime+ ba ne ba chesa bara ba bona mollong+ bakeng sa Adrameleke le Anameleke melimo ea Sefarvaime. 32 Ba ile ba tšaba Jehova ’me ba qala ho iketsetsa baprista+ ba libaka tse phahameng ba tsoang ho batho ka kakaretso, ’me ba ba sebeletsa ka tlung ea libaka tse phahameng. 33 Ba ile ba tšaba Jehova,+ empa ea e-ba barapeli+ ba melimo ea bona, ho ea ka bolumeli ba lichaba tseo ba neng ba isitsoe kholehong+ ba tsoa ho tsona.
34 Ho fihlela letsatsing lena ba etsa ho ea ka malumeli a bona a pele.+ Ho ne ho se na ba tšabang Jehova+ ’me ho se na ba etsang ho ea ka litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng le liqeto tsa hae tsa boahloli+ le molao+ le taelo+ tseo Jehova a neng a li laetse bara ba Jakobo,+ eo a ileng a mo reha lebitso la Iseraele;+ 35 ha Jehova a ne a hlaba selekane+ le bona ’me a ba laela, a re: “Le se ke la tšaba melimo e meng,+ ’me le se ke la e inamela kapa la e sebeletsa kapa la e etsetsa sehlabelo.+ 36 Empa Jehova, ea le ntšitseng naheng ea Egepeta ka matla a maholo le letsoho le otlolohileng,+ ke Eena eo le lokelang ho mo tšaba,+ ’me le lokela ho mo inamela,+ ’me le lokela ho mo etsetsa sehlabelo.+ 37 Melao ea tsamaiso+ le liqeto tsa boahloli+ le molao le taelo tseo a le ngoletseng tsona,+ le lokela ho hlokomela ho li etsa kamehla;+ le se ke la tšaba melimo e meng. 38 Le se ke la lebala selekane seo ke se hlabileng le lōna;+ le se ke la tšaba melimo+ e meng. 39 Empa ke Jehova+ Molimo oa lōna eo le lokelang ho mo tšaba, kaha ke eena ea tla le lopolla matsohong a lira+ tsohle tsa lōna.”
40 Ha baa ka ba mamela, empa ba ne ba etsa ho ea ka bolumeli ba bona ba pele.+ 41 Lichaba tsena li ne li tšaba Jehova,+ empa li ne li sebeletsa litšoantšo tsa tsona tse betliloeng. Ha e le bara ba tsona le litloholo tsa tsona, tsa etsa feela joalokaha baholo-holo ba tsona ba entse ho fihlela letsatsing lena.
18 Eitse ka selemo sa boraro sa Hoshea+ mora oa Ela morena oa Iseraele Ezekiase+ mora oa Akaze+ morena oa Juda ea e-ba morena. 2 O ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e mehlano ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse mashome a mabeli a metso e robong. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Abi morali oa Zakaria.+ 3 A tsoela pele ho etsa se nepahetseng mahlong a Jehova,+ ho ea ka sohle seo moholo-holo oa hae Davida a neng a se entse.+ 4 Ke eena ea ileng a tlosa libaka tse phahameng+ ’me a roba litšiea tse halalelang+ likoto eaba o rema palo e halalelang+ ’me o silakanya noha+ ea koporo eo Moshe a neng a e entse;+ etsoe ho fihlela matsatsing ao bara ba Iseraele ba ne ba ntse ba e etsetsa mosi oa sehlabelo+ ka ho tsoelang pele, ’me e ne e bitsoa setšoantšo se rapeloang sa noha ea koporo.+ 5 O ile a tšepa+ Jehova Molimo oa Iseraele; ka mor’a hae ha hoa ka ha e-ba le ea mong ea tšoanang le eena har’a marena ’ohle a Juda,+ esita le a neng a bile teng pele ho eena.+ 6 A ’na a khomarela Jehova.+ Ha aa ka a kheloha ho mo latela, empa a tsoela pele a boloka litaelo tsa hae tseo Jehova a neng a li laetse Moshe.+ 7 Jehova a ba le eena.+ Kae kapa kae moo a neng a tsoela teng, o ne a etsa ka bohlale;+ a fetohela morena oa Assyria ’me ha aa ka a mo sebeletsa.+ 8 Ke eena ea ileng a bolaea Bafilista+ ho ea fihla Gaza+ le libakeng tsa eona, ho tloha toreng+ ea balebeli ho ea fihla motseng o etselitsoeng qhobosheane.
9 Eitse ka selemo sa bone sa Morena Ezekiase, ke hore, selemo sa bosupa sa Hoshea+ mora oa Ela morena oa Iseraele, Shalmanesere+ morena oa Assyria a futuhela Samaria ’me a qala ho e thibella.+ 10 Ba e hapa+ bofelong ba lilemo tse tharo; ka selemo sa botšelela sa Ezekiase, ke hore, selemo sa borobong sa Hoshea morena oa Iseraele, Samaria ea haptjoa.+ 11 Ka mor’a moo morena oa Assyria+ a isa Baiseraele kholehong+ Assyria ’me a ba beha Hala+ le Habore+ nōkeng ea Gozane le metseng ea Bamede,+ 12 ka lebaka la hore ba ne ba sa mamela+ lentsoe la Jehova Molimo oa bona, empa ba tlōtse selekane sa hae,+ esita le sohle seo Moshe+ mohlanka oa Jehova a neng a se laetse.+ Ha baa ka ba mamela kapa ba phetha.
13 Ka selemo sa leshome le metso e mene sa Morena Ezekiase, Sankeribe+ morena oa Assyria+ a futuhela metse eohle ea Juda e etselitsoeng liqhobosheane ’me a e hapa. 14 Kahoo Ezekiase morena oa Juda a romeletsa ho morena oa Assyria ea leng Lakishe, a re: “Ke entse sebe. Mphuralle u se ke ua ntlhasela. Eng kapa eng eo u ka e batlang ho ’na ke tla e jara.”+ Ka lebaka leo morena oa Assyria a batla litalenta+ tsa silevera tse makholo a mararo le litalenta tsa khauta tse mashome a mararo ho Ezekiase morena oa Juda. 15 Ka hona Ezekiase a fana ka silevera eohle e neng e ka fumanoa ntlong ea Jehova+ le matlotlong a ntlo ea morena.+ 16 Ka nako eo Ezekiase a qhaqha mamati a tempele ea Jehova+ le likosene tseo Ezekiase morena oa Juda a neng a li koahetse+ a ntan’o li fa morena oa Assyria.
17 Morena oa Assyria+ a romela Tartane+ le Rabsarise le Rabshake+ ba tsoang Lakishe+ ho Morena Ezekiase ka lebotho le leholo la sesole Jerusalema, e le hore ba ka nyoloha ’me ba tla Jerusalema. Kahoo ba nyoloha eaba baa tla ’me ba ema haufi le kotopo+ ea letamo+ le ka holimo, le leng tseleng e khōlō ea tšimo ea mohlatsoi.+ 18 Ba qala ho hoeletsa morena, empa Eliakime+ mora oa Hilkia, ea neng a hlokometse lelapa a tsoela ho bona, le mongoli Shebna+ le Jooa mora oa motlalehi Asafe.
19 Ka lebaka leo Rabshake+ a re ho bona: “Ka kōpo, e-reng ho Ezekiase, ‘Sena ke seo morena e moholo,+ morena oa Assyria, a se boletseng: “U tšepile’ng?+ 20 U itse (empa ke polelo ea molomo), ‘Ho na le keletso+ le matla bakeng sa ntoa.’ Joale u tšepile mang, hoo u mphetohetseng?+ 21 Joale, bona! u tšepile hore u tla itšetleha ka lehlaka lena le tletleraneng,+ Egepeta,+ leo, haeba motho a ka ikokotlela ka lona, ka sebele le ka mo hlabang seatla ’me le se phunye. Ke tsela eo Faro+ morena oa Egepeta a leng ka eona ho bohle ba mo tšepang. 22 Haeba le ka re ho ’na, ‘Re tšepile+ Jehova+ Molimo oa rōna,’ na hase eena eo Ezekiase+ a tlositseng libaka tsa hae tse phahameng+ le lialetare tsa hae, ha a ntse a re ho Juda le Jerusalema, ‘Le lokela ho inama ka pel’a aletare ena Jerusalema’?”’+ 23 Joale, he, ka kōpo, fana ka tebeletso+ ho khosi ea ka morena oa Assyria, ’me ke u fe lipere tse likete tse peli ho bona hore na u khona ho beha bapalami holim ’a tsona.+ 24 Joale, ke joang u neng u ka furallisa sefahleho sa ’musi a le mong oa bahlanka ba banyenyane ka ho fetisisa ba moren ’a ka,+ ha u tšepile Egepeta bakeng sa likoloi+ le banna ba lipere?+ 25 Na joale ke futuhetse sebaka see ho se felisa ka ntle ho tumello ea Jehova? Jehova o itse ho ’na,+ ‘Futuhela naha ena, ’me u e felise.’”
26 Eaba Eliakime+ mora oa Hilkia le Shebna+ le Jooa+ ba re ho Rabshake:+ “Ka kōpo, bua le bahlanka ba hao, ka puo+ ea Sesyria, etsoe re ka mamela; u se ke ua bua le rōna ka puo+ ea Bajuda moo batho ba lerakong ba ntseng ba utloa.” 27 Empa Rabshake a re ho bona: “Na moren ’a ka o nthometse ho bua mantsoe aa ho morena oa lōna le ho lōna? Na hase ho banna ba lutseng holim ’a lerako, e le hore ba ka ja mantle+ a bona ’me ba noa moroto oa bona hammoho le lōna?”+
28 Rabshake a tsoela pele ho ema eaba o hoeletsa ka lentsoe le phahameng ka puo+ ea Bajuda; a tsoela pele ho bua a re: “Utloang lentsoe la morena e moholo,+ morena oa Assyria. 29 Sena ke seo morena a se boletseng, ‘Le se ke la lumella Ezekiase ho le thetsa, etsoe ha a khone ho le lopolla letsohong la ka.+30 Le se ke la lumella Ezekiase ho etsa hore le tšepe Jehova,+ a re: “Ruri Jehova o tla re lopolla,+ ’me ho ke ke ha nehelanoa ka motse ona letsohong la morena oa Assyria.”+ 31 Le se ke la mamela Ezekiase; kaha sena ke seo morena oa Assyria a se boletseng: “Ineheleng ho ’na, le tsoele ho ’na, ’me e mong le e mong a je tsa sefate sa hae sa morara e mong le e mong a je tsa sefate+ sa hae sa feiga ’me e mong le e mong a noe metsi a seliba sa hae,+ 32 ho fihlela ke tla ’me ke le isa naheng e tšoanang le naha+ ea lōna, naha ea lijo-thollo le veine e ncha, naha ea bohobe+ le lirapa tsa morara,+ naha ea lifate tsa oli ea mohloaare le mahe a linotši;+ le ’ne le phele e le hore le se ke la shoa. Le se ke la mamela Ezekiase, etsoe o le hoka-hoka ka ho re, ‘Jehova o tla re lopolla.’+ 33 Na ka tsela leha e le efe melimo ea lichaba e lopolotse+ e mong le e mong naha ea hae letsohong la morena oa Assyria?+ 34 Melimo ea Hamathe+ le Arpade+ e hokae? Melimo ea Sefarvaime,+ Hena+ le Iva+ e hokae? Na e lopolotse Samaria letsohong+ la ka? 35 Ke bo-mang har’a melimo eohle ea linaha ba lopolotseng naha ea bona letsohong la ka,+ hoo Jehova a ka lopollang Jerusalema letsohong la ka?”’”+
36 Batho ba khutsa+ ’me ha baa ka ba mo araba+ ka lentsoe, etsoe taelo ea morena e ne e re: “Le se ke la mo araba.”+ 37 Empa Eliakime+ mora oa Hilkia, ea neng a hlokometse lelapa, le mongoli Shebna+ le Jooa+ mora oa motlalehi Asafe ba tla ho Ezekiase liaparo tsa bona li hahotsoe+ ’me ba mo bolella mantsoe a Rabshake.
19 Eitse hang ha Morena Ezekiase+ a utloa, kapele-pele a hahola+ liaparo tsa hae ’me a ikoahela ka lesela la mokotla+ eaba o kena ka tlung ea Jehova.+ 2 Ho ekelletsa moo, a romela Eliakime,+ ea neng a hlokometse lelapa, le mongoli Shebna+ le banna ba baholo ba baprista ba ikoahetse ka lesela la mokotla ho moprofeta Esaia+ mora oa Amoze.+ 3 Ba re ho eena: “Sena ke seo Ezekiase a se boletseng, ‘Letsatsi lena ke letsatsi la mahlomola+ le la khalemelo e matla+ le la nyeliso+ e nyefolang; etsoe bara ba fihlile molomong oa pōpelo,+ ’me ha ho matla a ho beleha.+ 4 Mohlomong Jehova Molimo oa hao o tla utloa+ mantsoe ’ohle a Rabshake, eo morena oa Assyria khosi ea hae a mo rometseng ho tla nyelisa+ Molimo ea phelang, ’me o tla mo bitsa hore a ikarabelle bakeng sa mantsoe ao Jehova Molimo oa hao a a utloileng.+ U rapelle+ masala+ a ka fumanoang.’”
5 Kahoo bahlanka ba Morena Ezekiase ba fihla ho Esaia.+ 6 Joale Esaia a re ho bona: “Sena ke seo le lokelang ho se bolella morena oa lōna, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng:+ “U se ke ua tšoha+ ka lebaka la mantsoe ao u a utloileng ao bahlanka ba morena oa Assyria ba ’nyefotseng ka ’ona.+ 7 Bona! ke kenya moea+ ka ho eena, ’me o tla utloa tlaleho+ ’me a khutlele naheng ea hae; ka sebele ke tla etsa hore a oe ka sabole naheng ea hae.”’”+
8 Ka mor’a moo Rabshake+ a khutla eaba o fumana morena oa Assyria a loantša Libna;+ etsoe o ne a utloile hore o ne a tlohile Lakishe.+ 9 A utloa ho thoe mabapi le Tirhaka morena oa Ethiopia: “Bona! o tlil’o u loantša.” Ka hona a boela a romela manģosa+ ho Ezekiase, a re: 10 “Sena ke seo le lokelang ho se bolella Ezekiase morena oa Juda, ‘U se ke ua lumella Molimo oa hao eo u mo tšepileng hore a u thetse,+ a re: “Ho ke ke ha nehelanoa ka Jerusalema+ letsohong la morena oa Assyria.”+ 11 Bona! U utloile seo marena a Assyria a se entseng linaheng tsohle ka ho li nehela timetso;+ ’me na u tla lopolloa?+ 12 Na melimo+ ea lichaba tseo baholo-holo ba ka ba li felisitseng e ile ea li lopolla, esita le Gozane+ le Harane+ le Rezefe le bara ba Edene+ ba neng ba le Tel-asare?+ 13 O hokae—morena oa Hamathe+ le morena oa Arpade+ le morena oa metse ea Sefarvaime, Hena le Iva?’”+
14 Joale Ezekiase a nka lengolo matsohong a manģosa ’me a le bala,+ ka mor’a moo Ezekiase a nyolohela ntlong ea Jehova ’me a le phutholla ka pel’a Jehova.+ 15 Ezekiase a qala ho rapela+ ka pel’a Jehova a re: “Jehova Molimo oa Iseraele,+ ea lutseng holim ’a likerubime,+ uena u le mong u Molimo oa ’nete oa mebuso+ eohle ea lefatše.+ U entse maholimo+ le lefatše.+ 16 Sekeha tsebe, Jehova, ’me u utloe.+ Tutubolla mahlo,+ Jehova, ’me u bone, u utloe mantsoe a Sankeribe ao a a rometseng ho tla nyelisa+ Molimo ea phelang. 17 Ke ’nete, Jehova, hore marena a Assyria a ripitlile lichaba le linaha tsa tsona.+ 18 A chesitse melimo ea tsona ka mollo, hobane e ne e se melimo,+ empa e ne e le mosebetsi oa matsoho a motho,+ lehong le lejoe; hoo a ileng a e timetsa. 19 Joale, Jehova Molimo oa rōna,+ ka kōpo, re pholose+ letsohong la hae, e le hore mebuso eohle ea lefatše e ka tseba hore uena, Jehova, u Molimo u le mong.”+
20 Esaia mora oa Amoze a romeletsa ho Ezekiase, a re: “Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng,+ ‘Ke utloile+ thapelo+ eo u e entseng ho ’na malebana le Sankeribe morena oa Assyria. 21 Lena ke lentsoe leo Jehova a le buileng khahlanong le eena:
“Morali oa Sione oa moroetsana o u nyelisitse,+ o u fetotse litšeho.+
22 Ke mang eo u mo nyelisitseng+ le eo u mo nyefotseng?+
U phahamisitse lentsoe+ la hao khahlanong le mang
Le ho phahamisetsa mahlo a hao phahameng?+
Ke khahlanong le Mohalaleli oa Iseraele!+
23 Ka manģosa+ a hao u nyelisitse Jehova ’me u re,+
‘Ka likoloi tsa ka tsa ntoa tse ngata haholo+—
Ka sebele ke tla nyolohela libakeng tse phahameng tse lithaba,+
Likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa Lebanone;+
Ke tla rema likedare+ tsa eona tse phahameng, lifate tsa eona tse ntle tsa junipere.+
Ke tla kena sebakeng sa eona sa bolulo sa ho qetela, moru oa eona oa serapa sa lifate tsa litholoana.+
24 Ka sebele ke tla cheka ’me ke noe metsi asele,
Ke tla pshesa melatsoana eohle ea Nile ea Egepeta+ ka mehato ea maoto a ka.’
25 Na ha ua utloa?+ Ho tloha linakong tsa khale ke seo ke tla se etsa.+
Ke ho entse+ esita le ho tloha matsatsing a fetileng.
Joale ke tla ho tlisa.+
U tla etsa hore metse e etselitsoeng liqhobosheane e be lesupi joaloka liqubu tsa lithako.+
26 Baahi ba eona ba tla tepella matsoho;+
Ba tla tšoha ’me ba tla hlajoa ke lihlong.+
Ba tla ba joaloka limela tsa naha le joang bo bonolo bo botala,+
Joang ba marulelo,+ ha ho e-na le ho tlaboha ka pel’a moea oa bochabela.+
27 Ke tseba hantle ho lula ha hao+ u khutsitse le ho tsoa ha hao+ le ho kena ha hao,
Le ho iphahamisa ha hao khahlanong le ’na,+
28 Hobane ho iphahamisa ha hao khahlanong le ’na+ le ho puruma ha hao ho nyolohetse litsebeng tsa ka.+
Ka sebele ke tla kenya hakisi ea ka ka nkong ea hao le tōmo ea ka pakeng tsa molomo oa hao,+
Ka sebele ke tla u khutlisetsa morao ka tsela eo u tlileng ka eona.”+
29 “‘Sena e tla ba pontšo bakeng sa hao:+ Selemong sena ho tla jeoa litlhaku tse qhalaneng,+ ’me ka selemo sa bobeli ho jeoe lijo-thollo tse itemmeng; empa ka selemo sa boraro le jale peō,+ le kotule le leme lirapa tsa morara ’me le je litholoana tsa tsona.+ 30 Ba phonyohang ba ntlo ea Juda, ba setseng,+ ka sebele ba tla mela metso ho ea tlaase ’me ba hlahise litholoana ho ea holimo.+ 31 Etsoe masala a tla tsoa Jerusalema,+ le ba phonyohang ba tsoe Thabeng ea Sione.+ Cheseho+ ea Jehova oa mabotho e tla etsa sena.
32 “‘Ke ka lebaka leo Jehova a boletseng sena malebana le morena oa Assyria:+ “A ke ke a kena motseng+ ona leha e le hore o tla fula motsu+ moo kapa a tobane le oona ka thebe kapa a hahe ’mōtōmōtō+ o o thibellang. 33 O tla khutla ka tsela eo a tlileng ka eona, ’me a ke ke a kena motseng ona, ho bolela Jehova.+ 34 Ka sebele ke tla sireletsa+ motse ona ho o pholosa ka lebaka la ka+ le ka lebaka la mohlanka oa ka Davida.”’”+
35 Bosiung boo lengeloi la Jehova la tsoa ’me la bolaea ba likete tse lekholo le mashome a robeli a metso e mehlano liahelong+ tsa Baassyria.+ Ha batho ba tsoha hoseng, kaofela ha bona e ne e le litopo.+ 36 Ka hona Sankeribe+ morena oa Assyria a tsamaea ’me a ikela eaba oa khutla,+ o lula Ninive.+ 37 Eitse ha a ntse a iname ntlong ea molimo+ oa hae Nisroke,+ Adrameleke le Sharezere, bara ba hae, ba mo bolaea ka sabole,+ ’me ba balehela naheng ea Ararate.+ Mora oa hae Esare-hadone+ a qala ho busa sebakeng sa hae.
20 Matsatsing ao Ezekiase a kulela lefu.+ Ka lebaka leo moprofeta Esaia+ mora oa Amoze a fihla ho eena ’me a re ho eena: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Fana ka litaelo ho ba ntlo ea hao,+ etsoe ka sebele u tla shoa ’me u ke ke ua phela.’”+ 2 Eaba o retelletsa sefahleho leboteng+ ’me o qala ho rapela Jehova,+ o re: 3 “Ke etsa thapeli ho uena Jehova, ka kōpo, hopola+ kamoo ke tsamaileng+ ka pel’a hao ka ’nete+ le ka pelo e feletseng,+ ’me ke entse se molemo mahlong a hao.”+ Ezekiase a qala ho lla haholo.+
4 Esaia o ne a e-s’o tsoele lebaleng le hare ha lentsoe la Jehova le tla ho eena,+ le re: 5 “Khutla, ’me u re ho Ezekiase moeta-pele+ oa sechaba sa ka, ‘Sena ke seo Jehova Molimo+ oa moholo-holo oa hao Davida a se boletseng: “Ke utloile+ thapelo ea hao.+ Ke bone meokho ea hao.+ Bona! kea u folisa.+ Ka letsatsi la boraro u tla nyolohela ntlong ea Jehova.+ 6 Ka sebele ke tla eketsa lilemo tse leshome le metso e mehlano matsatsing a hao, ke tla lopolla uena le motse ona seatleng sa morena oa Assyria, ’me ke tla sireletsa+ motse ona ka lebaka la ka le ka lebaka la mohlanka oa ka Davida.”’”+
7 Esaia a tsoela pele ho re: “Nkang bohobe ba lifeiga tse omisitsoeng tse khotliloeng.”+ Kahoo ba bo nka ’me ba bo beha holim ’a lethopa,+ ka mor’a moo butle-butle a hlaphoheloa.+
8 Khabareng, Ezekiase a re ho Esaia: “Pontšo+ ke efe ea hore Jehova o tla mpholisa le hore ka sebele ka letsatsi la boraro ke tla nyolohela ka tlung ea Jehova?” 9 Eaba Esaia o re: “Ena ke pontšo+ bakeng sa hao e tsoang ho Jehova ea hore Jehova o tla phetha lentsoe leo a le buileng: Na moriti o ka ea pele ka mehato e leshome litepising kapa na o ka ea morao ka mehato e leshome?” 10 Joale Ezekiase a re: “Ke ntho e bonolo hore moriti o ikatolose ka mehato e leshome,+ empa eseng hore moriti o ka khutlela morao ka mehato e leshome.” 11 Eaba moprofeta Esaia o qala ho hoeletsa ho Jehova; a etsa hore moriti o neng o theohile butle-butle o khutlele morao mehatong, ke hore, mehatong ea litepisi tsa Akaze, mehato e leshome ho ea morao.+
12 Ka nako eo Berodake-baladane+ mora oa Baladane morena oa Babylona+ a romela mangolo+ le mpho ho Ezekiase; etsoe o ne a utloile hore Ezekiase o ne a kula. 13 Ezekiase a ba mamela ’me a ba bontša ntlo eohle ea hae ea matlotlo,+ silevera le khauta+ le oli ea balsame+ le oli e ntle le pokello ea hae ea lihlomo le sohle se neng se ka fumanoa matlotlong a hae. Ha ho letho leo Ezekiase a sa kang a ba bontša lona ka tlung ea hae le pusong eohle ea hae.+
14 Ka mor’a moo moprofeta Esaia a kena ho Morena Ezekiase ’me a re ho eena:+ “Banna baa ba itse’ng ’me ba tlile ho uena ba tsoa hokae?”+ Kahoo Ezekiase a re: “Ba tsoa naheng e hōle, Babylona.” 15 A tsoela pele ho re: “Ba bone eng ka tlung ea hao?” Eaba Ezekiase o re: “Ba bone ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka tlung ea ka. Ha ho letho leo ke sa kang ka ba bontša lona matlotlong a ka.”+
16 Joale Esaia a re ho Ezekiase: “Utloa lentsoe la Jehova,+ 17 ‘“Bona! Matsatsi aa tla, ’me sohle se ka tlung+ ea hao le seo baholo-holo ba hao ba se bolokileng ho fihlela letsatsing lena se tla isoa Babylona.+ Ha ho letho le tla sala,”+ ho boletse Jehova. 18 “Ba bang ba bara ba hao ba tlang ho tsoa ho uena bao u tla ba tsoala ba tla nkoa+ ’me ba fetohe balaoli ba lekhotla+ ntlong ea ’muso ea morena oa Babylona.”’”+
19 Eaba Ezekiase o re ho Esaia: “Lentsoe la Jehova leo u le buileng le molemo.”+ A tsoela pele ho re: “Na ha ho joalo, haeba khotso le ’nete+ li tla tsoela pele matsatsing a ka?”+
20 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Ezekiase le matla ’ohle a hae le kamoo a ileng a etsa letamo+ le kotopo+ kateng a ntan’o tlisa metsi motseng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Juda? 21 Qetellong Ezekiase a robala le baholo-holo ba hae;+ mora oa hae Manase+ a qala ho busa sebakeng sa hae.
21 Manase+ o ne a le lilemo li leshome le metso e ’meli ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse mashome a mahlano a metso e mehlano. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Hefziba. 2 A etsa se sebe mahlong+ a Jehova, ho ea ka lintho tse manyala tsa lichaba+ tseo Jehova a neng a li lelekile ka pel’a bara ba Iseraele. 3 Kahoo a boela a haha libaka tse phahameng tseo ntat’ae Ezekiase a neng a li sentse,+ eaba o emisetsa Baale lialetare ’me o etsa palo e halalelang, feela joalokaha Akabe+ morena oa Iseraele a ne a entse; a qala ho inamela+ makhotla ’ohle a maholimo+ ’me a a sebeletsa.+ 4 A haha lialetare ka tlung ea Jehova,+ eo Jehova a neng a itse mabapi le eona: “Ke tla beha lebitso+ la ka Jerusalema.” 5 A tsoela pele ho hahela makhotla ’ohle a maholimo+ lialetare mabaleng a mabeli a ntlo ea Jehova.+ 6 A fetisa mora oa hae mollong,+ ’me a sebelisa boselamose+ ’me a batla lipontšo tsa se tlang ’me a etsa hore ho be le ba buisanang le meea+ le litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele.+ A etsa se sebe mahlong a Jehova ka tekanyo e khōlō, ho mo siteloa.
7 Ho ekelletsa moo, a beha setšoantšo+ se betliloeng sa palo e halalelang seo a neng a se entse ka tlung+ eo ka eona Jehova a neng a itse ho Davida le ho mora oa hae Solomone: “Ka tlung ena le Jerusalema, eo ke e khethileng melokong eohle ea Iseraele, ke tla beha lebitso la ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 8 Ha ke sa tla boela ke etsa hore maoto a Baiseraele a hlahlathele ho tloha naheng eo ke e fileng baholo-holo+ ba bona, haeba feela ba hlokomela ho etsa ho ea ka sohle seo ke ba laetseng sona,+ esita le malebana le molao oohle oo mohlanka oa ka Moshe a ba laetseng oona.” 9 Ha baa ka ba mamela,+ empa Manase a ’na a ba eka hore ba etse se sebe+ ho feta lichaba+ tseo Jehova a neng a li felisitse ka pel’a bara ba Iseraele.
10 Jehova a ’na a bua ka bahlanka ba hae baprofeta,+ a re: 11 “Ka lebaka la hore Manase+ morena oa Juda o entse lintho tsena tse manyala,+ o entse bokhopo ho feta sohle seo Baamore+ ba bileng teng pele ho eena ba se entseng, ’me o entse hore esita le Bajuda ba etse sebe+ ka litšoantšo tsa hae tse rapeloang tse nyonyehang. 12 Ke ka lebaka leo Jehova Molimo oa Iseraele a boletseng sena, ‘Bonang! ke tlisa tlokotsi holim ’a Jerusalema+ le Juda, eo haeba mang kapa mang a utloa ka eona litsebe tsa hae ka bobeli li tlang ho hlohlona.+ 13 Ka sebele ke tla otlolla holim ’a Jerusalema khoele+ e lekanyang e sebelisitsoeng ho Samaria+ le kofuto e tsitsisang e sebelisitsoeng ntlong ea Akabe;+ ke tla hlakola+ Jerusalema feela joalokaha motho a hlakola sekotlolo se se nang mohele, a se hlakola ’me a se ribeha.+ 14 Ka sebele ke tla furalla masala+ a lefa+ la ka ’me ke nehelane ka ’ona matsohong a lira tsa ’ona, ’me a tla fetoha se tlatlapuoeng le se nkiloeng ka mahahapa ho lira tsohle tsa ’ona,+ 15 ka lebaka la hore a entse se sebe mahlong a ka ’me a ne a ntšiteloa ka ho tsoelang pele ho tloha letsatsing leo baholo-holo ba ’ona ba tsoileng Egepeta ho fihlela letsatsing lena.’”+
16 Manase a boela a tšolla+ mali a mangata haholo a hlokang molato, ho fihlela a tlatsitse Jerusalema ho tloha pheletsong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, ntle ho sebe sa hae seo ka sona a ileng a etsa hore Bajuda ba sitoe ka ho etsa se sebe mahlong a Jehova.+ 17 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Manase le tsohle tseo a li entseng le sebe sa hae seo ka sona a ileng a sitoa, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Juda? 18 Qetellong Manase a robala le baholo-holo+ ba hae ’me a patoa serapeng sa ntlo ea hae, serapeng sa Uza;+ mora oa hae Amone a qala ho busa sebakeng sa hae.
19 Amone+ o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e ’meli ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse peli.+ Lebitso la ’m ’ae e ne e le Meshulemethe morali oa Haruze ea tsoang Jotba. 20 O ile a tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova, feela joalokaha ntat’ae Manase a ne a entse.+ 21 A ’na a tsamaea tseleng eohle eo ntat’ae a neng a tsamaile ka eona,+ ’me a tsoela pele ho sebeletsa litšoantšo tse rapeloang+ tse nyonyehang tseo ntat’ae a neng a li sebelelitse ’me a li inamela. 22 Kahoo a tlohela Jehova+ Molimo oa baholo-holo ba hae, ’me ha aa ka a tsamaea tseleng ea Jehova.+ 23 Qetellong bahlanka ba Amone ba mo rerela bolotsana ’me ba bolaela+ morena ka tlung ea hae. 24 Empa batho ba naha ba bolaea bohle ba reretseng Morena Amone bolotsana.+ Joale batho ba naha ba etsa mora oa hae Josiase+ morena sebakeng sa hae. 25 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Amone, seo a se entseng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Juda? 26 Kahoo ba mo pata lebitleng la hae serapeng sa Uza;+ mora oa hae Josiase+ a qala ho busa sebakeng sa hae.
22 Josiase+ o ne a le lilemo li robeli ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse mashome a mararo a motso o mong. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Jedida morali oa Adaia oa Bozkathe.+ 2 A etsa se nepahetseng mahlong+ a Jehova ’me a tsamaea tseleng eohle ea moholo-holo oa hae Davida,+ ’me ha aa ka a khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali.+
3 Eitse ka selemo sa leshome le metso e robeli sa Morena Josiase morena a romela Shafane+ mora oa Azalia mora oa mongoli Meshulame ntlong ea Jehova, a re: 4 “Nyolohela ho moprista+ ea phahameng Hilkia,+ ’me u re a bokelle chelete+ e tlisoang ka tlung ea Jehova+ eo balebeli ba menyako+ ba e bokeletseng ho batho; 5 u re ba e behe matsohong a ba etsang mosebetsi,+ ba behiloeng, ka tlung ea Jehova, e le hore ba ka e fa ba etsang mosebetsi ba leng ka tlung ea Jehova hore ba lokise matlere a ntlo,+ 6 ba e fe litsebi tsa mesebetsi ea matsoho le lihahi le ba hahang ka lejoe, ’me ba reke lifate le majoe a betliloeng hore ba lokise ntlo.+ 7 Feela ho se ke ha baloa chelete e ho bona e behoang+ matsohong a bona, etsoe ba sebetsa ka botšepehi.”+
8 Hamorao moprista ea phahameng Hilkia+ a re ho mongoli+ Shafane:+ “Ke fumane buka ea molao+ ka tlung ea Jehova.” Kahoo Hilkia a fa Shafane buka eo, ’me a qala ho e bala. 9 Joale mongoli Shafane a kena ho morena eaba o araba morena o re: “Bahlanka ba hao ba ntšitse chelete e neng e ka fumanoa ka tlung, ’me ba ntse ba e beha matsohong a baetsi ba mosebetsi, bona ba behiloeng, ka tlung ea Jehova.”+ 10 Mongoli Shafane a tsoela pele ho bolella morena, a re: “Ho na le buka+ eo moprista Hilkia a mphileng eona.” Shafane a qala ho e bala ka pel’a morena.
11 Eitse hang ha morena a utloa mantsoe a buka ea molao, kapele-pele a hahola liaparo tsa hae.+ 12 Joale morena a laela moprista Hilkia le Akikame+ mora oa Shafane le Akbore mora oa Mikaia le mongoli Shafane le Asaia+ mohlanka oa morena, a re: 13 “E-eang, le botse+ Jehova bakeng sa ka le bakeng sa sechaba le bakeng sa Bajuda bohle malebana le mantsoe a buka ena e fumanoeng; etsoe e khōlō khalefo+ ea Jehova e re tuketseng ka lebaka la hore baholo-holo+ ba rōna ha baa ka ba mamela mantsoe a buka ena ka ho etsa ho ea ka sohle se ngotsoeng malebana le rōna.”+
14 Tumellanong le hoo moprista Hilkia le Akikame le Akbore le Shafane le Asaia ba ea ho moprofeta oa mosali+ Hulda mosali oa Shalume mora oa Tikva mora oa Harhase, mohlokomeli oa liaparo,+ kaha o ne a lula Jerusalema karolong ea bobeli; ba bua le eena.+ 15 A re ho bona: “Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng,+ ‘E-reng ho monna ea le rometseng ho ’na: 16 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Bona! ke tlisa tlokotsi+ sebakeng sena le ho baahi+ ba sona, le mantsoe+ ’ohle a buka eo morena oa Juda a e balileng;+ 17 ka lebaka la hore ba ntlohetse ’me ba etselitse melimo+ e meng mosi oa sehlabelo e le hore ba ntšiteloe ka mosebetsi oohle oa matsoho+ a bona, ’me khalefo ea ka e tuketse sebaka sena ’me e ke ke ea tima.’”’+ 18 Ha e le morena oa Juda ea le romelang ho tla botsa Jehova, sena ke seo le lokelang ho mo bolella sona, ‘Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng: “Ha e le mantsoe ao u a utloileng,+ 19 ka lebaka la hore pelo+ ea hao e bile bonolo hoo u ileng ua ikokobetsa+ ka lebaka la Jehova ha u utloa seo ke se buileng khahlanong le sebaka sena le baahi ba sona hore se fetohe ntho e makalloang le bomalimabe,+ ’me joale ua hahola+ liaparo tsa hao ’me ua qala ho lla ka pel’a ka, ’na, ke utloile,” ho bolela Jehova.+ 20 “Ke ka lebaka leo joale ke u nkelang+ ho baholo-holo ba hao, ’me ka sebele u tla nkeloa lebitleng la hao ka khotso,+ ’me mahlo a hao a ke ke a talima tlokotsi eohle eo ke e tlisang sebakeng sena.”’” Eaba ba tlisetsa morena karabo.
23 Joale morena a romeletsa ’me ba bokellela banna bohle ba baholo ba Juda le Jerusalema ho eena.+ 2 Ka mor’a moo morena a nyolohela ntlong ea Jehova, hammoho le banna bohle ba Juda le baahi bohle ba Jerusalema, le baprista+ le baprofeta le sechaba sohle, ho tloha ho ba banyenyane ho ea ho ba baholo;+ a qala ho bala+ moo ba ntseng ba utloa mantsoe ’ohle a buka+ ea selekane+ e neng e fumanoe ka tlung ea Jehova.+ 3 Morena a ’na a ema haufi le tšiea+ ’me joale a hlaba selekane+ ka pel’a Jehova, hore a latele+ Jehova ’me a boloke litaelo+ tsa hae le bopaki+ ba hae le litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng+ ka pelo+ eohle le ka moea+ oohle ka ho phetha mantsoe a selekane sena a ngotsoeng bukeng ena.+ Ka lebaka leo sechaba sohle sa ema selekaneng seo.+
4 Morena a tsoela pele ho laela moprista ea phahameng Hilkia+ le baprista ba boemo ba bobeli le balebeli ba menyako+ hore ba ntše tempeleng ea Jehova lisebelisoa tsohle tse etselitsoeng Baale+ le palo e halalelang+ le makhotla ’ohle a maholimo.+ Joale a li chesetsa ka ntle ho Jerusalema masimong a Kidrone,+ ’me a tlisa molora oa tsona Bethele.+ 5 A leleka mosebetsing baprista ba melimo esele, bao marena a Juda a neng a ba behile e le hore ba ka etsa mosi oa sehlabelo libakeng tse phahameng metseng ea Juda le libakeng tse potolohileng Jerusalema, le ba etsetsang Baale+ mosi oa sehlabelo, le letsatsi le khoeli le lihlopha tsa linaleli tsa zodiake le makhotla ’ohle a maholimo.+ 6 Ho feta moo, a ntša palo e halalelang+ ntlong ea Jehova a e isa mathōkong a Jerusalema, phuleng ea molapo o phoroselang ea Kidrone, ’me a e chesetsa+ phuleng ea molapo o phoroselang ea Kidrone ’me a e sila hore e be molora ’me a lahlela molora oa eona sebakeng sa lepato+ sa bara ba batho. 7 Ho ekelletsa moo, a heletsa matlo a matekatse+ a banna a tempele a neng a le ka tlung ea Jehova, moo basali ba neng ba loha litempelana tsa tente bakeng sa palo e halalelang.
8 Joale a tlisa baprista bohle ba tsoang metseng ea Juda, e le hore a ka etsa hore libaka tse phahameng tseo baprista ba neng ba entse mosi oa sehlabelo ho tsona e be tse sa tšoaneleng borapeli, ho tloha Geba+ ho ea fihla Beerseba;+ a heletsa libaka tse phahameng tsa liheke tse neng li le monyako oa heke ea Joshua, mookameli oa motse, e neng e le ka ho le letšehali ha motho a kena hekeng ea motse. 9 Ke baprista+ ba libaka tse phahameng feela ba neng ba sa nyolohele aletareng ea Jehova Jerusalema, empa ba ne ba ja mahobe a sa lomosoang+ har’a barab’abo bona. 10 A etsa hore Tofethe,+ e phuleng ea bara ba Hinome,+ e be e sa tšoaneleng borapeli, e le hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea fetisang mora oa hae kapa morali oa hae mollong+ ho Moloke.+ 11 Ho ekelletsa moo, a etsa hore lipere tseo marena a Juda a neng a li file letsatsi li khaotse ho kena ntlong ea Jehova ka kamore+ ea ho jela ea Nathane-meleke molaoli oa lekhotla, e neng e le mathuleng; a chesa likoloi tsa letsatsi+ mollong. 12 Morena a heletsa lialetare tse neng li le holim ’a marulelo a kamore e marulelong+ ea Akaze tseo marena a Juda a neng a li entse, le lialetare+ tseo Manase a neng a li entse mabaleng a mabeli a ntlo ea Jehova, ka mor’a moo a li silakanya moo, ’me a lahlela lerōle la tsona phuleng ea molapo o phoroselang ea Kidrone. 13 Morena a etsa hore libaka tse phahameng tse neng li le ka pel’a+ Jerusalema, tse neng li le ka ho le letona ho Thaba ea Tšenyo, tseo Solomone+ morena oa Iseraele a neng a li hahetse Ashtorethe+ ntho e nyonyehang ea Basidone le Kemoshe+ ntho e nyonyehang ea Moabe le Milkome+ ntho e manyala ea bara ba Ammone, e be tse sa tšoaneleng borapeli. 14 A roba+ litšiea tse halalelang likoto ’me a tsoela pele ho rema lipalo tse halalelang eaba o tlatsa libaka tsa tsona ka masapo a batho. 15 A heletsa le aletare e neng e le Bethele,+ sebaka se phahameng seo Jeroboame+ mora oa Nebate, ea entseng hore Baiseraele ba sitoe,+ a neng a se entse, esita le aletare eo le sebaka se phahameng. Joale a chesa sebaka se phahameng; a se sila hore e be lerōle ’me a chesa palo e halalelang.
16 Ha Josiase a reteleha, a bona libaka tsa lepato tse neng li le moo thabeng. Kahoo a romeletsa ’me a nka masapo libakeng tseo tsa lepato eaba o a chesetsa+ holim ’a aletare, e le hore a ka e etsa e sa tšoaneleng borapeli, ho ea ka lentsoe+ la Jehova leo monna oa Molimo oa ’nete a neng a le phatlalalitse,+ ea phatlalalitseng lintho tsena. 17 Joale a re: “Lejoe leo la lebitla leo ke le bonang ke’ng?” Eaba banna ba motse ba re ho eena: “Ke sebaka sa lepato+ sa monna oa Molimo oa ’nete ea neng a tsoa Juda+ ’me a phatlalatsa lintho tsena tseo u li entseng khahlanong le aletare ea Bethele.”+ 18 Kahoo a re: “A ke a phomole.+ Le se ke la lumella leha e le mang ho khathatsa masapo a hae.” Ka lebaka leo ba tlohela masapo a hae hammoho le masapo a moprofeta+ ea neng a tsoa Samaria.
19 Hape Josiase a tlosa matlo+ ’ohle a libaka tse phahameng a neng a le metseng+ ea Samaria ao marena+ a Iseraele a neng a a hahetse ho baka khopiso,+ eaba o tsoela pele ho a etsa ho ea ka liketso tsohle tseo a neng a li entse Bethele.+ 20 Ka lebaka leo a etsa sehlabelo ka baprista+ bohle ba libaka tse phahameng ba neng ba le lialetareng ’me a chesa masapo a batho holim ’a tsona.+ Ka mor’a moo a khutlela Jerusalema.
21 Joale morena a laela batho bohle, a re: “Tšoarelang Jehova Molimo oa lōna paseka+ ho ea ka se ngotsoeng bukeng ena ea selekane.”+ 22 Etsoe ha ho paseka e kang ena e ileng ea tšoaroa ho tloha matsatsing a baahloli ba neng ba ahlotse Iseraele,+ kapa matsatsing ’ohle a marena a Iseraele le marena a Juda.+ 23 Empa ka selemo sa leshome le metso e robeli sa Morena Josiase paseka ena e ile ea tšoareloa Jehova Jerusalema.+
24 Hape Josiase a tlosa ba buisanang le meea+ le litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele+ le literafime+ le litšoantšo tse rapeloang+ tse nyonyehang le lintho tsohle tse nyonyehang+ tse neng li hlahile naheng ea Juda le Jerusalema e le hore a ka phetha mantsoe a molao+ a neng a ngotsoe bukeng+ eo moprista Hilkia a neng a e fumane ntlong ea Jehova.+ 25 Pele ho eena ha hoa ka ha e-ba le morena ea joaloka eena ea ileng a khutlela+ ho Jehova ka pelo ea hae eohle le ka moea+ oa hae oohle le ka mafolofolo a hae ’ohle, ho ea ka molao oohle oa Moshe; leha e le hore ka mor’a hae ho ile ha hlaha ea joaloka eena.
26 Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a khutla bohaleng ba hae bo tukang, boo ka bona a ileng a tukela Bajuda+ ka lebaka la lintho tsohle tse halefisang tseo ka tsona Manase a neng a entse hore ba sitoe.+ 27 Empa Jehova a re: “Juda,+ le eona, ke tla e tlosa ponong ea ka,+ feela joalokaha ke tlositse Iseraele;+ ka sebele ke tla lahla motse ona oo ke o khethileng, eona Jerusalema, le ntlo eo ka eona ke itseng, ‘Lebitso la ka le tla hlola moo.’”+
28 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Josiase le tsohle tseo a li entseng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Juda? 29 Matsatsing a hae Faro Neko+ morena oa Egepeta a nyolohela ho morena oa Assyria ka nōka ea Eufrate,+ ’me Morena Josiase a ea ho mo khahlanyetsa;+ empa a mo bolaela+ Megido+ hang ha a mo bona. 30 Kahoo bahlanka ba hae ba mo tsamaisa a shoele ka koloi ho tloha Megido ’me ba mo tlisa Jerusalema+ ba mo pata lebitleng la hae. Joale batho ba naha ba nka Joakaze+ mora oa Josiase ba mo tlotsa ’me ba mo etsa morena sebakeng sa ntat’ae.
31 Joakaze+ o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e meraro ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka likhoeli tse tharo. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Hamutale+ morali oa Jeremia oa Libna. 32 A qala ho etsa se sebe mahlong a Jehova, ho ea ka sohle seo baholo-holo ba hae ba neng ba se entse.+ 33 Faro Neko+ a mo kenya litlamong+ Ribla+ naheng ea Hamathe, ho mo thibela ho busa Jerusalema, ’me a lefisa+ naha litalenta tsa silevera+ tse lekholo le talenta ea khauta.+ 34 Ho feta moo, Faro Neko a etsa Eliakime+ mora oa Josiase morena sebakeng sa ntat’ae Josiase ’me a fetola lebitso la hae hore e be Jojakime; a nka Joakaze a ntan’o mo tlisa Egepeta, moo qetellong a ileng a shoela teng.+ 35 Jojakime a fa Faro silevera+ le khauta. Ke naha feela eo a ileng a e lefisa lekhetho,+ hore a fane ka silevera ka taelo ea Faro. Ho ea ka tekanyetso ea lekhetho+ ea motho ka mong o ile a batla silevera le khauta ho batho ba naha, hore a e fe Faro Neko.
36 Jojakime+ o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e mehlano ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse leshome le motso o mong.+ Lebitso la ’m ’ae e ne e le Zebida morali oa Pedaia ea tsoang Ruma. 37 A tsoela pele ho etsa se sebe+ mahlong a Jehova, ho ea ka sohle seo baholo-holo ba hae ba neng ba se entse.+
24 Matsatsing a hae Nebukadnezare+ morena oa Babylona a hlaha, kahoo Jojakime ea e-ba mohlanka+ oa hae ka lilemo tse tharo. Leha ho le joalo, a koeneha ’me a mo fetohela. 2 Jehova a qala ho romela khahlanong le eena lihlopha tsa bafutuhi tsa Bakalde+ le lihlopha tsa bafutuhi tsa Basyria le lihlopha tsa bafutuhi tsa Bamoabe+ le lihlopha tsa bafutuhi tsa bara ba Ammone, ’me a ’na a li romela hore li timetse Juda, ho ea ka lentsoe+ la Jehova leo a neng a le buile ka bahlanka ba hae baprofeta. 3 E bile ka taelo ea Jehova feela ho ileng ha etsahala khahlanong le Juda, ho e tlosa+ ponong ea hae ka lebaka la libe tsa Manase,+ ho ea ka sohle seo a neng a se entse; 4 le ka lebaka la mali+ a hlokang molato ao a neng a a tšolotse, hoo a ileng a tlatsa Jerusalema ka mali a hlokang molato, ’me Jehova ha aa ka a lumela ho tšoarela.+
5 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Jojakime+ le tsohle tseo a li entseng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Juda? 6 Qetellong Jojakime a robala le baholo-holo ba hae,+ ’me mora oa hae Jojakine a qala ho busa sebakeng sa hae.
7 Le ka mohla morena oa Egepeta ha aa ka a boela+ a tsoa naheng ea hae,+ kaha morena oa Babylona o ne a nkile sohle seo e neng e le sa morena oa Egepeta+ ho tloha phuleng ea molapo o phoroselang+ ea Egepeta ho ea fihla nōkeng ea Eufrate.+
8 Jojakine+ o ne a le lilemo li leshome le metso e robeli ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka likhoeli tse tharo.+ Lebitso la ’m ’ae e ne e le Nehushta morali oa Elnathane oa Jerusalema. 9 A tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova, ho ea ka sohle seo ntat’ae a neng a se entse.+ 10 Ka nako eo bahlanka ba Nebukadnezare morena oa Babylona ba nyolohela Jerusalema, hoo motse oo o ileng oa thibelloa.+ 11 Nebukadnezare morena oa Babylona a futuhela motse oo, ha bahlanka ba hae ba sa ntse ba o thibeletse.+
12 Qetellong Jojakine morena oa Juda a tsoela ho morena oa Babylona,+ eena le ’m ’ae+ le bahlanka ba hae le likhosana tsa hae le balaoli ba hae ba makhotla; morena oa Babylona a mo hapa selemong sa borobeli+ e le morena. 13 Joale a ntša matlotlo ’ohle a ntlo ea Jehova le matlotlo a ntlo+ ea morena moo, ’me a tsoela pele ho pshatla lisebelisoa+ tsohle tsa khauta tseo Solomone morena oa Iseraele a neng a li entse ka tempeleng ea Jehova, feela joalokaha Jehova a ne a buile. 14 A isa kholehong+ Jerusalema eohle le likhosana+ tsohle le banna bohle ba sebete, ba matla+—o ile a isa ba likete tse leshome kholehong—le setsebi+ se seng le se seng sa mesebetsi ea matsoho le sehahi sa lerako la tšireletso. Ha ho le ea mong ea neng a siiloe haese sehlopha+ se tlaase sa batho ba naha. 15 Kahoo a isa Jojakine+ kholehong Babylona;+ ’me ’mè+ oa morena le basali ba morena le balaoli+ ba hae ba lekhotla le banna ba ka pele-pele ba naha a ba tsamaisa e le batho ba isitsoeng kholehong ho tloha Jerusalema ho ea Babylona. 16 Ha e le banna bohle ba sebete, ba likete tse supileng, le litsebi tsa mesebetsi ea matsoho le lihahi tsa marako a tšireletso, ba sekete, banna bohle ba matla ba bahlabani, morena oa Babylona a ba tlisa Babylona e le batho ba isitsoeng kholehong.+ 17 Ho ekelletsa moo, morena oa Babylona+ a etsa Matania mor’abo+ ntat’ae morena sebakeng sa hae. Joale a fetola lebitso la hae hore e be Tsedekia.+
18 Tsedekia+ o ne a le lilemo li mashome a mabeli a motso o mong ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse leshome le motso o mong. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Hamutale+ morali oa Jeremia oa Libna. 19 A tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova, ho ea ka sohle seo Jojakime a neng a se entse.+ 20 Etsoe ka lebaka la bohale+ ba Jehova hoo ho ile ha etsahala Jerusalema le Juda, ho fihlela a ba tlositse ponong ea hae.+ Tsedekia a qala ho fetohela morena oa Babylona.+
25 Eitse ka selemo sa borobong+ e le morena, ka khoeli ea leshome, ka letsatsi la leshome+ la khoeli, Nebukadnezare+ morena oa Babylona,+ e, eena le lebotho lohle la hae la sesole, a futuhela Jerusalema ’me a qala ho hloma liahelo khahlanong le eona ’me a haha lerako le e thibellang ho pota-pota ka hohle.+ 2 Motse oa thibelloa ho fihlela ka selemo sa leshome le motso o mong sa Morena Tsedekia. 3 Ka letsatsi la borobong+ la khoeli ea bone tlala+ e ne e le khōlō motseng, ’me ho ne ho se na bohobe+ bakeng sa batho ba naha eo. 4 Motse oa phunngoa,+ ’me banna bohle ba ntoa ba baleha bosiu ka tsela ea heke e pakeng tsa lerako le habeli le haufi le serapa+ sa morena, ha Bakalde+ ba ntse ba pota-potile motse ka hohle; morena a qala ho tsamaea+ ka tsela ea Araba.+ 5 Lebotho la sesole la Bakalde+ la qala ho lelekisa morena, eaba le mo fihlela+ lithoteng tsa lehoatata tsa Jeriko;+ lebotho lohle la hae la sesole le ne le hasane le tlohile lehlakoreng la hae. 6 Joale ba tšoara morena+ ’me ba mo tlisa ho morena oa Babylona Ribla,+ e le hore ba ka phatlalatsa qeto ea boahloli holim ’a hae. 7 Ba bolaea bara ba Tsedekia ka pel’a mahlo+ a hae, ’me a foufatsa+ Tsedekia mahlo, ka mor’a moo a mo tlama ka litlamo+ tsa koporo a mo tlisa Babylona.+
8 Ka khoeli ea bohlano ka letsatsi la bosupa la khoeli, ke ho re, ka selemo sa leshome le metso e robong+ sa Morena Nebukadnezare morena oa Babylona, Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli, mohlanka oa morena oa Babylona, a tla Jerusalema.+ 9 A chesa ntlo ea Jehova+ le ntlo+ ea morena le matlo ’ohle a Jerusalema;+ ’me ntlo ea monna e mong le e mong e moholo a e chesa ka mollo.+ 10 Lebotho lohle la sesole la Bakalde le neng le e-na le mookameli oa balebeli la heletsa+ marako a Jerusalema ka hohle. 11 Batho+ ba bang kaofela ba neng ba siiloe motseng le ba koenehileng ba neng ba fetohetse ho morena oa Babylona le bongata bo bong kaofela Nebuzaradane mookameli oa balebeli a ba isa kholehong.+ 12 Ba bang ba batho+ ba tlaase ba naha mookameli oa balebeli a ba siea e le balemi ba morara le basebetsi ba qobelloang.+ 13 Litšiea+ tsa koporo tse neng li le ka tlung ea Jehova, le likariki+ le leoatle+ la koporo le neng le le ka tlung ea Jehova, Bakalde ba li roba likoto ’me ba qala ho isa koporo ea tsona Babylona.+ 14 Ba nka maleke le likharafu le litima-lebone le linoelo le lisebelisoa+ tsohle tsa koporo tseo ba neng ba sebeletsa ka tsona. 15 Mookameli oa balebeli a nka lipane tsa mollo le likotlolo tseo e neng e le tsa khauta+ ea sebele le tseo e neng e le tsa silevera ea sebele.+ 16 Ha e le litšiea tse peli, leoatle le le leng le likariki tseo Solomone a neng a li etselitse ntlo ea Jehova, ha hoa ka ha e-ba le mokhoa oa ho bolela boima ba koporo ea lisebelisoa tsena tsohle.+ 17 Tšiea ka ’ngoe e ne e le bophahamo ba litsoe tse leshome le metso e robeli,+ ’me hlooho+ e holim ’a eona e ne e le ea koporo; bophahamo ba hlooho e ne e le litsoe tse tharo; letanta le likharenate+ ho pota-pota ka hohle hloohong, kaofela ha eona, e ne e le koporo; tšiea ea bobeli e ne e e-na le tse tšoanang le tsena holim ’a letanta.
18 Ho feta moo, mookameli oa balebeli a nka moprista ea ka sehloohong Seraia+ le Sofonia+ moprista oa bobeli le balebeli ba bararo ba monyako;+ 19 motseng a nka molaoli a le mong oa lekhotla ea neng a okametse banna ba ntoa, le banna ba bahlano ho ba kenang ho morena ba ileng ba fumanoa motseng; le mongoli oa molaoli oa lebotho, ea khobokanyang batho ba naha, le banna ba mashome a tšeletseng ba batho ba naha ba neng ba ka fumanoa motseng;+ 20 joale Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli a ba nka+ ’me a ba isa ho morena oa Babylona Ribla.+ 21 Morena oa Babylona a ba hlasela+ eaba o ba bolaela Ribla naheng ea Hamathe.+ Kahoo Bajuda ba ea kholehong ho tloha naheng ea bona.+
22 Ha e le batho+ ba setseng naheng ea Juda, bao Nebukadnezare morena oa Babylona a neng a ba siile, joale a beha Gedalia+ mora oa Akikame+ mora oa Shafane+ hore a ba okamele. 23 Ha balaoli bohle ba mabotho a sesole,+ bona le banna ba bona, ba utloa hore morena oa Babylona o behile Gedalia, kapele-pele ba fihla ho Gedalia Mizpa,+ ke hore, Ishmaele mora oa Nethania le Johanane mora oa Karea le Seraia mora oa Tanhumethe Monetofa le Jazania mora oa Momakathe, bona le banna ba bona. 24 Joale Gedalia a hlapanyetsa+ bona le banna ba bona ’me a re ho bona: “Le se ke la tšaba ho ba bahlanka ba Bakalde. Lulang naheng ’me le sebeletse morena oa Babylona, ’me lintho li tla le tsamaela hantle.”+
25 Eitse ka khoeli ea bosupa+ Ishmaele+ mora oa Nethania mora oa Elishama oa lesika la borena a tla, hammoho le banna ba leshome, eaba ba hlasela Gedalia,+ hoo a ileng a shoa, le Bajuda le Bakalde ba neng ba e-na le eena Mizpa.+ 26 Ka mor’a moo batho bohle, ho tloha ho ba banyenyane ho ea ho ba baholo, le balaoli ba mabotho a sesole ba ema ’me ba kena Egepeta;+ etsoe ba ne ba tšohile ka lebaka la Bakalde.+
27 Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa ho isoa kholehong ha Jojakine+ morena oa Juda, ka khoeli ea leshome le metso e ’meli, ka letsatsi la mashome a mabeli a metso e supileng la khoeli, Evile-merodake+ morena oa Babylona, ka selemo sa ha e e-ba morena, a phahamisa hlooho+ ea Jojakine morena oa Juda ho tsoa ntlong ea botlamuoa; 28 a qala ho bua lintho tse molemo le eena, a ntan’o phahamisa terone ea hae ho feta literone tsa marena a neng a e-na le eena Babylona.+ 29 A mo hlobolisa liaparo+ tsa hae tsa chankana; a ja bohobe+ kamehla ka pel’a hae ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae. 30 Ha e le kabelo ea hae,+ kamehla o ne a fuoa kabelo e tsoang ho morena, e loketseng letsatsi le leng le le leng, ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae.