Liproverbia
1 Maele+ a Solomone+ mora oa Davida,+ morena oa Iseraele,+ 2 hore motho a tsebe bohlale+ le taeo,+ a lemohe lipolelo tsa kutloisiso,+ 3 a amohele taeo+ e fanang ka temohisiso,+ ho loka+ le kahlolo+ le bokhabane,+ 4 ho fa ba se nang phihlelo masene,+ ho fa mohlankana tsebo+ le matla a ho nahana.+
5 Motho ea bohlale o tla mamela ’me a amohele taeo e eketsehileng,+ ’me motho ea nang le kutloisiso ke ea fumanang tataiso e bohlale,+ 6 ho utloisisa maele le polelo e tsietsang,+ mantsoe a batho ba bohlale+ le lilotho+ tsa bona.
7 Ho tšaba Jehova ke tšimoloho ea tsebo.+ Maoatla a nyelisitse bohlale le taeo.+
8 Mora oa ka, u mamele taeo ea ntat’ao,+ ’me u se ke ua furalla molao oa ’m ’ao.+ 9 Etsoe ke moqhaka o khahlehang hloohong+ ea hao le sefaha se setle molaleng oa hao.+
10 Mora oa ka, haeba baetsalibe ba leka ho u eka, u se ke ua lumela.+ 11 Haeba ba ntse ba re: “Tsamaea le rōna. A re lalleng bakeng sa mali.+ A re luleng moo ho patehileng bakeng sa batho ba hlokang molato ntle ho lebaka leha e le lefe.+ 12 A re ba metseng ba phela+ feela joaloka Sheole,+ ba ntse ba feletse, joaloka ba theohelang ka sekoting.+ 13 A re fumaneng matlotlo a bohlokoa a mefuta eohle.+ A re tlatseng matlo a rōna ka thepa e hapuoeng.+ 14 U tšoanela ho lahlela lotho ea hao har’a rōna. Ho ke ho be le mokotla o le mong feela oa rōna bohle”+— 15 mora oa ka, u se ke ua tsamaea tseleng eo le bona.+ Thiba leoto la hao tseleng ea bona.+ 16 Etsoe maoto a bona a mathela bobeng,+ ’me ba ntse ba potlakela ho ea tšolla mali.+ 17 Etsoe ke ha lefeela letlooa le aloang ka pel’a mahlo a ntho leha e le efe e nang le mapheo.+ 18 Ka lebaka leo ba lalla bakeng sa mali a bona;+ ba lula moo ho patehileng bakeng sa meea ea bona.+ 19 Litsela tsa e mong le e mong ea etsang phaello e sa lokang li joalo.+ E nka moea oa beng ba eona.+
20 Bohlale+ ba ’nete bo ntse bo hoeletsa haholo seterateng.+ Bo ntse bo ntša lentsoe la bona mapatlelong.+ 21 Bo hoeletsa pheletsong e ka holimo ea literata tse lerata.+ Bo bolela lipolelo tsa bona menyakong ea liheke tse kenang motseng:+
22 “Lōna ba se nang phihlelo le tla ’ne le rate ho se be le phihlelo halelele hakae,+ ’me lōna basomi le tla lakatsa ho soma ho totobetseng halelele hakae,+ ’me lōna ba hlokang kelello le tla ’ne le hloee tsebo halelele hakae?+ 23 Khutlang ha ke le khalemela.+ Joale ke tla etsa hore moea oa ka o phallele ho lōna;+ ke tla le tsebisa mantsoe a ka.+ 24 Kahobane ke hoelelitse empa le ntse le hana,+ ke otlolotse letsoho la ka empa ha ho ea elang hloko,+ 25 ’me le ntse le hlokomoloha keletso eohle ea ka,+ ’me ha lea amohela khalemelo ea ka,+ 26 le ’na ke tla tšeha koluoa ea lōna,+ ke tla soma ha seo le se tšabang se tla,+ 27 ha seo le se tšabang se tla feela joaloka sefefo, le koluoa ea lōna e fihla mona feela joaloka moea oa sefefo,+ ha le tleloa ke mahlomola le linako tse thata.+ 28 Ka nako eo ba tla ’ne ba mpitse, empa nke ke ka araba;+ ba tla ’ne ba mpatle, empa ba ke ke ba mphumana,+ 29 ka lebaka la hore ba hloile tsebo,+ ’me ha baa ka ba khetha ho tšaba Jehova.+ 30 Ha baa ka ba lumela keletso ea ka;+ ba hlompholotse khalemelo eohle ea ka.+ 31 Kahoo ba tla ja litholoana tsa tsela ea bona,+ ’me ba tla khora merero ea bona haholo.+ 32 Etsoe bokoenehi+ ba ba se nang phihlelo ke bona bo tla ba bolaea,+ ’me ho nka lintho habobebe ha ba hlokang kelello ke hona ho tla ba timetsa.+ 33 Ha e le ea ’mamelang, o tla lula a sireletsehile+ ’me a ke ke a khathatsoa ke ho tšaba tlokotsi.”+
2 Mora oa ka, haeba u tla amohela lipolelo+ tsa ka ’me u ipolokele litaelo tsa ka,+ 2 e le hore u ele hloko bohlale ka tsebe ea hao,+ hore u sekamisetse pelo ea hao temohong;+ 3 ho feta moo, haeba u hoeletsa kutloisiso+ ’me u bitsa temoho,+ 4 haeba u ntse u li batla joaloka silevera,+ ’me u ntse u li batlisisa joaloka matlotlo a patiloeng,+ 5 tabeng eo u tla utloisisa ho tšaba+ Jehova, ’me u tla fumana tsebo ea Molimo.+ 6 Etsoe Jehova o fana ka bohlale;+ molomong oa hae ho tsoa tsebo le temoho.+ 7 O tla bolokela ba lokileng bohlale bo sebetsang;+ ke thebe bakeng sa ba tsamaeang ka botšepehi,+ 8 ka ho boloka litsela tsa kahlolo,+ ’me o tla lebela tsela ea ba tšepahalang ba hae.+ 9 Tabeng eo u tla utloisisa ho loka le kahlolo le bokhabane, tsela eohle ea se molemo.+
10 Ha bohlale bo kena ka pelong+ ea hao le tsebo e e-ba e khahlisang moeeng oa hao,+ 11 matla a ho nahana a tla u lebela,+ temoho e tla u sireletsa,+ 12 ho u lopolla tseleng e mpe,+ ho motho ea buang lintho tse khelohileng,+ 13 ho ba furallang litsela tse lokileng hore ba tsamaee litseleng tsa lefifi,+ 14 ho ba thabelang ho etsa bobe,+ ba thabelang lintho tse khelohileng tsa bobe;+ 15 bao litsela tsa bona li khopameng le ba mano tseleng ea bona eohle;+ 16 ho u lopolla ho mosali osele, ho mosali oa molata+ ea entseng hore lipolelo tsa molomo oa hae li be boreleli,+ 17 ea tlohelang motsoalle ea tšepeloang makunutu oa bocha+ ba hae le ea lebetseng selekane sa Molimo oa hae.+ 18 Etsoe ntlo ea hae e theohela tlaase lefung le litsela tsa hae li theohela tlaase ho ba se nang matla lefung.+ 19 Ha ho le ea mong oa ba nang le likamano le eena ea tla khutla, leha e le hore ba tla boela ba fumane litsela tsa ba phelang.+
20 Morero ke hore u tle u tsamaee tseleng ea batho ba molemo+ le hore u tle u boloke litsela tsa ba lokileng.+ 21 Etsoe ba lokileng ke bona ba tla lula lefatšeng,+ ’me ba sa tšoauoeng phoso ke bona ba tla sala ho lona.+ 22 Ha e le ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng;+ ha e le ba bolotsana, ba tla tlosoa ho lona.+
3 Mora oa ka, u se ke ua lebala molao oa ka,+ ’me e se eka pelo ea hao e ka boloka litaelo tsa ka,+ 2 hobane u tla ekelletsoa bolelele ba matsatsi le lilemo tsa bophelo+ le khotso.+ 3 E se eka mosa o lerato le ’nete li ke ke tsa u tlohela.+ Li tlame molaleng oa hao.+ Li ngole letlapeng la pelo ea hao,+ 4 kahoo u fumane kamohelo le temohisiso e molemo mahlong a Molimo le a motho oa lefatše.+ 5 Tšepa Jehova ka pelo+ ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao.+ 6 U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao,+ ’me o tla otlolla litsela tsa hao.+
7 U se ke ua ipona bohlale.+ Tšaba Jehova ’me u furalle bobe.+ 8 E se eka e ka ba pholiso+ mokhubung oa hao le khatholoho masapong a hao.+
9 Hlompha Jehova ka lintho tsa hao tsa bohlokoa+ le ka litholoana tsa pele tsa lihlahisoa tsohle tsa hao.+ 10 Joale meliko ea hao e tla tlala lintho tse ngata;+ ’me likhakeletsi tsa hao tsa sehatelo li tla khaphatseha veine e ncha.+
11 Uena mora oa ka, u se ke ua lahla taeo ea Jehova;+ ’me u se ke ua nyonya khalemelo ea hae,+ 12 hobane Jehova o khalemela eo a mo ratang,+ feela joalokaha ntate a khalemela mora ea mo khahlisang.+
13 Ho thaba motho ea fumaneng bohlale,+ le motho ea fumanang temoho,+ 14 etsoe ho ba le bona e le leruo ho molemo ho feta ho ba le silevera e le leruo ’me ho ba le bona e le lihlahisoa ho molemo ho feta khauta.+ 15 Ke ba bohlokoa haholo ho feta likorale,+ ’me lintho tse ling tsohle tseo u li thabelang li ke ke tsa lekanngoa le bona. 16 Bolelele ba matsatsi bo letsohong la bona le letona;+ letsohong la bona le letšehali ho na le maruo le khanya.+ 17 Litsela tsa bona ke litsela tsa thabo, ’me litsela tsohle tsa bona ke khotso.+ 18 Ke sefate sa bophelo+ ho ba bo tšoarang, ’me ba lulang ba bo tšoere ka tieo+ ba tla bitsoa ba thabileng.+
19 Jehova o ile a theha lefatše ka bohlale.+ A tiisa maholimo ka temoho.+ 20 Ka tsebo ea hae maliba a ile a aroloa,+ ’me maholimo a koahetsoeng ke maru a ntse a rotha lefafatsane.+ 21 Mora oa ka, e se eka li ke ke tsa tloha mahlong a hao.+ Sireletsa bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana,+ 22 ’me e tla ba bophelo moeeng oa hao+ le mokhabiso molaleng oa hao.+ 23 Tabeng eo u tla tsamaea u sireletsehile+ tseleng ea hao, esita le leoto la hao le ke ke la khoptjoa ke letho.+ 24 Neng kapa neng ha u robala u ke ke ua tšoha;+ ka sebele u tla robala, ’me boroko ba hao bo tla ba monate.+ 25 Ho ke ke ha hlokahala hore u tšohe ntho leha e le efe e tšabehang ea tšohanyetso,+ kapa sefefo holim ’a ba khopo, hobane sea tla.+ 26 Etsoe, ka sebele, Jehova e tla ba tšepo ea hao,+ ’me ka sebele o tla thiba leoto la hao hore le se ke la tšoasoa.+
27 U se ke ua hana ka se molemo ho bao se ba lokelang,+ ha ho le matleng a letsoho la hao ho se etsa.+ 28 U se ke ua re ho oa heno: “Tsamaea, u boele u khutle ’me hosasane ke tla fana,” ha ho e-na le ho hong ho uena.+ 29 U se ke ua rerela oa heno letho le lebe,+ ha a lutse le uena a ikutloa a sireletsehile.+ 30 U se ke ua qabana le motho ntle ho lebaka,+ haeba a sa u etsetsa bobe.+
31 U se ke ua honohela motho ea mabifi,+ kapa ua khetha leha e le efe ea litsela tsa hae.+ 32 Etsoe motho ea mano+ ke ntho e manyala ho Jehova,+ empa O na le kamano e haufi-ufi le ba lokileng.+ 33 Thohako ea Jehova e holim ’a ntlo ea ea khopo,+ empa sebaka sa bolulo sa ba lokileng oa se hlohonolofatsa.+ 34 Ha e le basomi,+ o tla ba fetola litšeho;+ empa ba bonolo o tla ba bontša kamohelo.+ 35 Ba bohlale ba tla rua tlhompho,+ empa ba hlokang kelello ba phahamisa ho se hlomphehe.+
4 Lōna bara, le mamele taeo ea ntate+ ’me le ele hloko, e le hore le tsebe kutloisiso.+ 2 Etsoe ka sebele ke tla le fa taeo e molemo.+ Le se ke la tlohela molao oa ka.+ 3 Etsoe ke ne ke le mora oa sebele ho Ntate,+ ke le ea bonolo le ea mong feela ho ’Mè.+ 4 Ntate o ne a ntaela+ a re ho ’na: “E se eka pelo+ ea hao e ka lula e tšoere mantsoe a ka ka tieo.+ Boloka litaelo tsa ka ’me u tsoele pele u phela.+ 5 Fumana bohlale,+ fumana kutloisiso.+ U se ke ua lebala, ’me u se ke ua kheloha lipolelo tsa molomo oa ka.+6 U se ke ua bo tlohela, ’me bo tla u boloka. Bo rate, ’me bo tla u sireletsa.7 Bohlale ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa.+ Fumana bohlale; ’me hammoho le sohle seo u se fumanang, fumana kutloisiso.+ 8 Bo nke e le ba bohlokoa haholo, ’me bo tla u phahamisa.+ Bo tla u tlotlisa hobane ua bo amohela.+ 9 Bo tla fa hlooho ea hao mofapa-hlooho o khahlehang;+ bo tla u roesa moqhaka oa botle.”+
10 Mora oa ka, utloa ’me u amohele lipolelo tsa ka.+ Joale lilemo tsa bophelo li tla u atela.+ 11 Ke tla u rupela esita le ka tsela ea bohlale;+ ke tla etsa hore u hate litseleng tse lokileng.+ 12 Ha u tsamaea, mehato ea hao e ke ke ea patisana;+ ’me haeba u matha, u ke ke ua khoptjoa.+ 13 Tšoara taeo;+ u se ke ua e tlohela.+ E sireletse, etsoe ke bophelo ba hao.+
14 U se ke ua kena tseleng ea ba khopo,+ ’me u se ke ua tsamaea ka kotloloho ho kena tseleng ea ba babe.+15 E qobe,+ u se ke ua feta ka eona;+ e khelohe, ’me u fetele pele.+ 16 Etsoe ha ba robale ntle le hore ba etse bobe,+ ’me boroko ba bona bo hloibitsoe ntle le hore ba etse hore motho a khoptjoe.+ 17 Kaha ba iphepile bohobe ba bokhopo,+ ’me ba noa veine ea liketso tse mabifi.+ 18 Empa tsela ea ba lokileng e joaloka leseli le khanyang le ntseng le khanya ka ho eketsehileng ho fihlela motšehare o moholo.+ 19 Tsela ea ba khopo e joaloka lefifi;+ ha baa ka ba tseba hore na ba ntse ba khoptjoa ke eng.+
20 Mora oa ka, u ele hloko mantsoe a ka.+ U sekehele lipolelo tsa ka tsebe.+ 21 E se eka li ke ke tsa tloha mahlong a hao.+ U li boloke ka har’a pelo ea hao.+ 22 Etsoe ke bophelo ho ba li fumanang+ le bophelo bo botle nameng eohle ea bona.+ 23 Ho feta tse ling tsohle tse lokelang ho lebeloa, u sireletse pelo ea hao,+ kaha mehloli ea bophelo e tsoa ho eona.+ 24 Tlosa puo e khopameng ho uena;+ ’me u suthisetse molomo o mano hōle le uena.+ 25 Ha e le mahlo a hao, a lokela ho talima pele ka ho toba,+ e, mahlo a hao a khanyang a lokela ho talimisisa ka ho toba ka pel’a hao.+ 26 Batalatsa tsela ea leoto la hao,+ ’me e se eka litsela tsohle tsa hao li ka tiisoa ka thata.+ 27 U se ke ua sekamela ka letsohong le letona kapa ka ho le letšehali.+ Tlosa leoto la hao ho se sebe.+
5 Mora oa ka, u ele bohlale ba ka hloko.+ U sekehele temoho ea ka litsebe,+ 2 e le hore u lebele matla a ho nahana;+ ’me e se eka molomo oa hao o ka sireletsa tsebo.+
3 Etsoe molomo oa mosali osele o ntse o rotha joaloka khekhe ea linotši,+ le mahalapa a hae a boreleli ho feta oli.+ 4 Empa phello e tsoang ho eena e baba joaloka lengana;+ e bohale joaloka sabole e sehang ka nģa tse peli.+ 5 Maoto a hae a theohela lefung.+ Mehato ea hae e tšoara Sheole.+ 6 Ha a nahanisise ka tsela ea bophelo.+ Litsela tsa hae li hlahlathetse moo a sa tsebeng.+ 7 Kahoo joale, Lōna bara, le ’mamele+ ’me le se ke la furalla lipolelo tsa molomo oa ka.+ 8 Le etse hore litsela tsa lōna li be hōle le eena, ’me le se ke la atamela monyako oa ntlo ea hae,+ 9 e le hore le se ke la fana ka ho hlompheha ha lōna ho ba bang,+ kapa lilemo tsa lōna ho se sehlōhō;+ 10 e le hore basele ba se ke ba ikhotsofatsa ka matla a lōna,+ kapa lintho tseo le li fumaneng ka ho utloa bohloko li be ka tlung ea molata,+ 11 kapa le bobole bokamosong+ ba lōna ha linama tsa lōna le ’mele ea lōna e fela.+ 12 Le tla lokela ho re: “Ke hloile taeo+ ’me pelo ea ka e hlompholotse khalemelo hakaakang!+ 13 Ha kea mamela lentsoe la barupeli ba ka,+ ’me mesuoe ea ka ha kea ka ka e sekehela tsebe.+ 14 Ke bile bobeng+ ba mofuta o mong le o mong habonolo har’a phutheho le seboka.”+
15 Noa metsi a tsoang selibeng sa hao, le marotholi a tsoang ka har’a seliba sa hao.+ 16 Na liliba tsa hao li lokela ho hasana ka ntle,+ melapo ea hao ea metsi e hasane mapatlelong? 17 E ke e be tsa hao u le mong, eseng tsa basele ba nang le uena.+ 18 Mohloli oa hao oa metsi o ke o hlohonolofatsoe,+ ’me u thabe le mosali oa bocha ba hao,+ 19 khama e tšehali e ratehang le pōli ea thaba e khahlehang.+ Matsoele a hae a ke a u tahe ka linako tsohle.+ E se eka ka lerato la hae u ka ba boikutlong bo matla ba nyakallo kamehla.+ 20 Kahoo mora oa ka, ke hobane’ng ha u ka ba boikutlong bo matla ba nyakallo le mosali osele kapa ua kopa sefuba sa mosali oa molata?+ 21 Etsoe litsela tsa motho li ka pel’a mahlo a Jehova,+ ’me o nahanisisa ka litsela tsohle tsa hae.+ 22 Ea khopo o tla tšoasoa ke liphoso tsa hae,+ ’me o tla tšoaroa ke liropo tsa sebe sa hae.+ 23 Ke eena ea tla shoa hobane ho se na taeo,+ le hobane o khelosoa ke bongata ba booatla ba hae.+
6 Mora oa ka, haeba u ipehile paneng bakeng sa oa heno,+ haeba u tšoere osele ka letsoho,+ 2 haeba u tšoasitsoe ke lipolelo tsa molomo oa hao,+ haeba u tšoeroe ke lipolelo tsa molomo oa hao, 3 joale u nke bohato bona, mora oa ka, ’me u itopolle, kaha u kene ka seatleng sa oa heno:+ E-ea u ikokobetse ’me u hlasele oa heno ka likōpo tse phehellang.+ 4 U se ke ua fa mahlo a hao boroko, kapa ua etsa hore mahlo a hao a khanyang a otsele.+ 5 Itopolle letsohong joaloka tšephe le joaloka nonyana letsohong la ea tšoasang linonyana.+
6 E-ea ho bohloa,+ uena ea botsoa;+ bona litsela tsa bona ’me u hlalefe. 7 Le hoja bo se na molaoli, motsamaisi kapa ’musi, 8 bo lokisa lijo tsa bona lehlabula;+ bo bokeletse phepelo ea bona ea lijo ha ho kotuloa. 9 Uena ea botsoa, u tla ’ne u robale halelele hakae?+ U tla tsoha neng borokong ba hao?+ 10 Ho robala hanyenyane, ho re shoa! hanyenyane, ho phutha matsoho hanyenyane hore u robale,+ 11 ’me ka sebele bofutsana ba hao bo tla tla feela joaloka lesholu,+ le bohloki ba hao bo tle joaloka motho ea hlometseng.+
12 Motho ea se nang molemo,+ motho ea kotsi, o tsamaea ka puo e khopameng,+ 13 o roba leihlo,+ o etsa lipontšo ka leoto, o etsa litšupiso ka menoana.+ 14 Ho kheloha ho ka pelong ea hae.+ O rera ntho e mpe ka nako eohle.+ O ntse a baka ho hloka kutloano.+ 15 Ke ka lebaka leo koluoa ea hae e tlang ho tla ka tšohanyetso;+ hang-hang o tla robeha, ’me ho ke ke ha e-ba le pholiso.+
16 Ho na le lintho tse tšeletseng tseo Jehova a li hloileng;+ e, ke lintho tse supileng tse manyala moeeng oa hae:+ 17 mahlo a iphahamisang,+ leleme la bohata,+ le matsoho a tšollang mali a hlokang molato,+ 18 pelo e rerang merero e kotsi,+ maoto a potlakelang ho mathela bobeng,+ 19 paki ea bohata e phatlalatsang mashano,+ le mang kapa mang ea bakang ho hloka kutloano har’a bara ba motho.+
20 Uena mora oa ka, u boloke taelo ea ntat’ao,+ ’me u se ke ua furalla molao oa ’m ’ao.+ 21 Li tlame pelong ea hao kamehla;+ u li fase molaleng oa hao.+ 22 Ha u tsamaea, e tla u tataisa;+ ha u robala, e tla u lebela;+ ’me ha u tsohile, e tla ameha ka uena. 23 Etsoe taelo ke lebone,+ molao ke leseli,+ ’me likhalemelo tsa taeo ke tsela ea bophelo,+ 24 ho u lebela khahlanong le mosali e mobe,+ khahlanong le leleme le boreleli la mosali osele.+ 25 U se ke ua lakatsa botle ba hae ka pelong ea hao,+ ’me a se ke a u hapa ka mahlo a hae a khanyang,+ 26 hobane ka lebaka la mosali oa letekatse motho o salloa ke polokoe ea bohobe;+ empa ha e le mosali oa monna e mong, o tsoma moea oa bohlokoa.+ 27 Na motho a ka bokella mollo sefubeng sa hae leha ho le joalo liaparo tsa hae li sa che?+ 28 Kapa na motho a ka tsamaea holim ’a mashala ’me maoto a hae a sa tlabohe? 29 Hoa tšoana le ka mang kapa mang ea bang le likamano le mosali oa oa habo,+ ha ho le ea mong ea mo amang ea tla lula a sa fuoe kotlo.+ 30 Batho ha ba nyelise lesholu hobane feela le utsoa hore le khotsofatse moea oa lona ha le lapile. 31 Empa, ha le fumanoa, le tla buseletsa hasupa; le tla fana ka matlotlo ’ohle a ntlo ea lona.+ 32 Mang kapa mang ea febang le mosali o na le pelo e haelloang;+ ea ho etsang o felisa moea oa hae.+ 33 O tla fumana kotlo le ho se hlomphehe,+ ’me nyeliso ea hae e ke ke ea felisoa.+ 34 Etsoe khalefo ea monna ea shahlileng ke poulelo,+ ’me a ke ke a bontša qenehelo letsatsing la phetetso.+ 35 A ke ke a nahanela thekollo ea mofuta leha e le ofe, kapa a bontše ho rata, ho sa tsotellehe hore na u etsa hore mpho e be khōlō hakae.
7 Mora oa ka, u boloke lipolelo tsa ka,+ ’me e se eka u ka ipolokela litaelo tsa ka joaloka letlotlo.+ 2 Boloka litaelo tsa ka ’me u tsoele pele u phela,+ ’me u boloke molao oa ka joaloka lithaka+ tsa mahlo a hao. 3 Li tlame menoaneng ea hao,+ ’me u li ngole letlapeng la pelo ea hao.+ 4 E-re ho bohlale:+ “U morali’eso”; ’me e se eka u ka bitsa kutloisiso “Mosali eo ke Amanang le Eena,” 5 ho u lebela khahlanong le mosali osele,+ khahlanong le molata ea entseng hore lipolelo tsa hae e be tse boreleli.+ 6 Etsoe ke ile ka talima tlaase ka fensetere ea ntlo ea ka, ka lekhoakhoa la ka la fensetere,+ 7 e le hore nka talima ba se nang phihlelo.+ Ke ne ke thahasella ho lemoha har’a bara mohlankana eo pelo ea hae e haelloang,+ 8 ea fetang seterateng haufi le sekhutlo sa mosali eo, ’me a tsamaea tseleng e eang ntlong ea hae,+ 9 mantsiboea, ka shoalane,+ ha bosiu le lefifi li atamela. 10 Bonang! Ho ne ho e-na le mosali ea tlil’o mo khahlanyetsa, ea apereng seaparo sa letekatse+ le ea pelo e mano. 11 O morusu ’me o manganga.+ Maoto a hae ha a lule ka tlung ea hae.+ 12 Joale o tsoetse ka ntle, joale o mapatlelong,+ ’me o lula a laletse haufi le sekhutlo se seng le se seng.+ 13 O mo tšoere ’me o mo akile.+ O betefetse, ’me o qala ho re ho eena:
14 “Mahlabelo a kopanetsoeng a ne a ntlamile.+ Kajeno ke phethile boitlamo ba ka.+ 15 Ke ka lebaka leo ke tsoileng ho u khahlanyetsa, ho batla sefahleho sa hao, e le hore nka u fumana. 16 Ke khabisitse setulo sa ka se kang moalo ka masela a koahelang moalo, ka lintho tse mebala-bala, line ea Egepeta.+ 17 Ke fafalitse bethe ea ka ka myra, makhala le sinamone.+ 18 Tloo, re noe lerato hore re be re kholoe ho fihlela hoseng; a re thabelane ka lipontšo tsa lerato.+ 19 Etsoe monna ha a eo ka tlung ea hae; o ile sebakeng se hōle.+ 20 O nkile mokotla oa chelete letsohong la hae. O tla tla ntlong ea hae letsatsing leo khoeli e tolokileng ka lona.”
21 O mo khelositse ka ho mo susumetsa haholo.+ O mo eka ka molomo oa hae o boreleli.+ 22 Ka tšohanyetso o mo sala morao,+ joaloka poho e tlang tlhabong, le joalokaha eka o tlametsoe ho fuoa taeo e fuoang leoatla, 23 ho fihlela motsu o phunya sebete sa hae,+ feela joalokaha nonyana e potlakela sefing,+ ’me ha aa ka a tseba hore ho ama moea oa hae.+
24 Joale, Lōna bara, ’mameleng ’me le ele lipolelo tsa molomo oa ka hloko.+ 25 E se eka lipelo tsa lōna li ke ke tsa khelohela litseleng tsa hae. Le se ke la hlahlathela litseleng tsa hae.+ 26 Etsoe bao a entseng hore ba oe e le ba bolailoeng ba bangata,+ ’me bohle ba ntseng ba bolaoa ke eena ba bangata.+ 27 Ntlo+ ea hae ke litsela tse eang Sheole; li theohela likamoreng tse ka hare tsa lefu.+
8 Na bohlale bo ntse bo sa hoeletse,+ le temoho e ntse e sa ntše lentsoe la eona?+ 2 Bo eme tlhōrōng ea libaka tse phahameng,+ haufi le tsela, mateanong a litsela. 3 Bo ntse bo hoeletsa ka lentsoe le phahameng lehlakoreng la liheke, khorong ea motse,+ menyakong eo ho kenoang ka eona:+
4 “Kea le bitsa, Lōna banna, ’me lentsoe la ka le ea ho bara ba batho.+ 5 Lōna ba se nang phihlelo, le utloisise masene;+ ’me lōna ba hlokang kelello, le utloisise pelo.+ 6 Mamelang, etsoe ke bua ka lintho tse ka pele-pele,+ ’me ke ahlamisa molomo oa ka ka se lokileng.+ 7 Etsoe mahalapa a ka a bolela ’nete ka lentsoe le tlaase;+ ’me bokhopo ke ntho e manyala molomong oa ka.+ 8 Lipolelo tsohle tsa molomo oa ka ke tsa ho loka.+ Har’a tsona ha ho letho le sothehileng kapa le khopameng.+ 9 Kaofela ha tsona li otlolohile ho ea lemohang, ’me li lokile ho ba fumanang tsebo.+ 10 Amohelang taeo ea ka eseng silevera, le tsebo ho e-na le khauta e ntle.+ 11 Etsoe bohlale bo molemo ho feta likorale,+ ’me lintho tse ling tsohle tse thabeloang li ke ke tsa lekanngoa le bona.+
12 “’Na, bohlale, ke lutse le masene+ ’me ke fumana esita le tsebo ea matla a ho nahana.+ 13 Ho tšaba Jehova ho bolela ho hloea bobe.+ Ke hloile boiphahamiso le boikakaso+ le tsela e mpe le molomo o khelohileng.+ 14 Ke na le keletso+ le bohlale bo sebetsang.+ ’Na—kutloisiso;+ ke na le matla.+ 15 Ka ’na marena a ntse a busa, le balaoli ba phahameng ba ntse ba laela hore ho be le ho loka.+ 16 Ka ’na likhosana li ntse li busa e le likhosana,+ le bahlomphehi bohle ba ahlola ka ho loka.+ 17 Ke rata ba nthatang,+ ’me ba mpatlang ke bona ba mphumanang.+ 18 Maruo le khanya li ho ’na,+ matlotlo a lefa le ho loka.+ 19 Litholoana tsa ka li molemo ho feta khauta, esita le ho feta khauta e hloekisitsoeng, ’me lihlahisoa tsa ka li molemo ho feta silevera e ntle.+ 20 Ke tsamaea tseleng ea ho loka,+ bohareng ba litsela tsa kahlolo,+ 21 ho etsa hore ba nthatang ba rue thepa;+ ’me matlo a bona a polokelo ke a boloka a tletse.+
22 “Jehova o ile a ntlhahisa ke le tšimoloho ea tsela ea hae,+ ke le oa pele-pele linthong tsa khale tseo a li finyeletseng.+ 23 Ke ile ka hlomamisoa ho tloha nakong e sa lekanyetsoang,+ ho tloha qalong, ho tloha linakong tsa pele ho lefatše.+ 24 Ha ho ne ho se na maliba ke ile ka hlahisoa joalokaha eka ke ka bohloko ba pelehi,+ ha ho ne ho se na liliba tse tletseng metsi a mangata. 25 Pele lithaba li thehoa,+ pele ho maralla, ke ile ka hlahisoa joalokaha eka ke ka bohloko ba pelehi, 26 ha a sa ntse a e-s’o etse lefatše+ le libaka tse sabaletseng le karolo ea pele ea lerōle le lengata la naha e behang.+ 27 Ha a lokisetsa maholimo ke ne ke le teng;+ ha a laela hore ho be le selika-likoe holim ’a boliba,+ 28 ha a tiisa maru holimo,+ ha a etsa hore mehloli ea boliba e be matla,+ 29 ha a behela leoatle molao-taelo oa hae e le hore metsi a se ke a fetela ka nģ’ane ho taelo ea hae,+ ha a laela hore ho be le metheo ea lefatše,+ 30 joale ke ile ka ba mabapa le eena ke le mosebetsi ea hloahloa,+ ’me ka ba eo a neng a mo rata ka ho khethehileng+ letsatsi le letsatsi, ke ntse ke nyakaletse ka pel’a hae ka nako eohle,+ 31 ke ntse ke nyakaletse ka lebaka la naha e behang ea lefatše la hae,+ ’me lintho tseo ke neng ke li rata li ne li le ho bara ba batho.+
32 “Joale, Lōna bara, le ’mamele; e, ho thaba ba bolokang litsela tsa ka.+ 33 Mamelang taeo ’me le hlalefe,+ hape le se ke la bontša ho hlokomoloha leha e le hofe.+ 34 Ho thaba motho ea ’mamelang ka ho lula a falimehile menyakong ea ka letsatsi le letsatsi, ka ho lebela lipalong tsa menyako ea ka.+ 35 Etsoe ka sebele ea mphumanang o tla fumana bophelo,+ ’me o fumana kamohelo e tsoang ho Jehova.+ 36 Empa ea nqobang o ntša moea oa hae kotsi;+ bohle ba ntlhoileng haholo ke bona ba ratang lefu.”+
9 Bohlale+ ba ’nete bo hahile ntlo ea bona;+ bo betlile litšiea tsa bona tse supileng. 2 Bo hlophisitse ho itlhabela nama; bo tsoakile veine ea bona; ho feta moo, bo tekile tafole ea bona.+ 3 Bo romile makhabunyane a bona, e le hore bo ka hoeletsa holim ’a libaka tse phahameng tsa motse: 4 “Mang kapa mang ea se nang phihlelo, a ke a fapohele mona.”+ Mang kapa mang eo pelo ea hae e haelloang+—o itse ho eena: 5 “Tloong, le je bohobe ba ka ’me le kopanele ho noeng veine eo ke e tsoakileng.+ 6 Tlohelang ba se nang phihlelo ’me le ’ne le phele,+ hape le tsamaee ka kotloloho tseleng ea kutloisiso.”+
7 Ea khalemelang mosomi o inkela ho se hlomphehe,+ le ea fanang ka khalemelo ho motho ea khopo—o inkela sekoli ho eena.+ 8 U se ke ua khalemela mosomi, e le hore a se ke a u hloea.+ Fana ka khalemelo ho motho ea bohlale ’me o tla u rata.+ 9 Fa motho ea bohlale ’me o tla hlalefa haholo.+ Fa motho ea lokileng tsebo ’me o tla eketsa ho ithuta.
10 Ho tšaba Jehova ke qalo ea bohlale,+ ’me ho tseba Ea Halalelang ka ho Fetisisa ke kutloisiso.+ 11 Etsoe ka ’na matsatsi a hao a tla ngatafala,+ ’me u tla ekeletsoa lilemo tsa bophelo.+ 12 Haeba u hlalefile, u hlalefile molemong oa hao;+ ’me haeba u somile, u tla ho jara, uena u le mong feela.+
13 Mosali ea hlokang kelello o morusu.+ Ke sethoto ’me ha a tsebe letho ho hang.+ 14 O lutse monyako oa ntlo ea hae, holim ’a setulo, libakeng tse phahameng tsa motse,+ 15 hore a hoeletse ba fetang ka tsela, ba tsamaeang ka ho toba litseleng tsa bona:+ 16 “Mang kapa mang ea se nang phihlelo, a ke a fapohele mona.”+ Mang kapa mang eo pelo ea hae e haelloang+—o itse le ho eena: 17 “Metsi a utsoitsoeng a monate,+ le bohobe bo jeloang sephiring—bo monate.”+ 18 Empa ha a tsebe hore ba se nang matla lefung ba moo, hore ba bitsoang ke eena ba libakeng tse ka tlaase tsa Sheole.+
Mora ea bohlale o thabisa ntat’ae,+ ’me mora ea hlokang kelello ke mesarelo ea ’m ’ae.+ 2 Matlotlo a ea khopo e tla ba a se nang molemo,+ empa ho loka ke hona ho tla lopolla lefung.+ 3 Jehova a ke ke a etsa hore moea oa ea lokileng o lape,+ empa o tla sutumelletsa takatso ea ba khopo hōle.+
4 Ea sebetsang ka letsoho le monyebe o tla ba le ho honyenyane,+ empa letsoho la ea khothetseng ke lona le tla ruisa motho.+
5 Mora ea etsang ka temohisiso o bokella nakong ea lehlabula; mora ea itšoarang ka mokhoa o hlabisang lihlong o khalehile nakong ea kotulo.+
6 Litlhohonolofatso ke tsa hlooho ea ea lokileng,+ empa ha e le melomo ea ba khopo, e koahela pefo.+ 7 Sehopotso sa ea lokileng se tla hlohonolofatsoa,+ empa lebitso la ba khopo le tla bola.+
8 Ea pelo e bohlale o tla amohela litaelo,+ empa ea molomo o booatla o tla hatakeloa.+
9 Ea tsamaeang ka botšepehi o tla tsamaea a sireletsehile,+ empa ea khopamisang litsela tsa hae o tla itsebahatsa.+
10 Ea robang leihlo o tla utloisa bohloko,+ ’me ea molomo o booatla o tla hatakeloa.+ 11 Molomo oa ea lokileng ke mohloli oa bophelo;+ empa ha e le melomo ea ba khopo, e koahela pefo.+
12 Lehloeo ke lona le tsosang ho hloka kutloano,+ empa lerato le koahela litlōlo tsohle.+
13 Molomong oa motho ea nang le kutloisiso ho fumanoa bohlale,+ empa thupa ke ea mokokotlo oa eo pelo ea hae e haelloang.+
14 Ba bohlale ke bona ba bolokang tsebo,+ empa molomo oa leoatla o haufi le tšenyeho.+
15 Lintho tsa bohlokoa tsa morui ke motse oa hae o matla.+ Tšenyeho ea ba tlaase ke bofutsana ba bona.+
16 Mosebetsi oa ea lokileng o fella ka bophelo;+ lihlahisoa tsa ea khopo li fella ka sebe.+
17 Ea tšoarellang taeong o tseleng e eang bophelong,+ empa ea tlohelang khalemelo o baka ho hlahlathela.+
18 Moo ho nang le ea koahelang lehloeo ho na le molomo o leshano,+ ’me ea hlahisang tlaleho e mpe o hloka kelello.+
19 Mantsoeng a mangata tlōlo ha e tlohele ho ba teng,+ empa ea thibang molomo oa hae o etsa ka masene.+
20 Leleme la ea lokileng ke silevera e ntle;+ pelo ea ea khopo e na le bohlokoa bo bonyenyane.+
21 Molomo oa ea lokileng o ntse o lisa ba bangata,+ empa ka lebaka la pelo e haelloang maoatla a ntse a shoa.+
22 Tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa,+ ’me ha a e phaelle ka bohloko.+
23 Ho ea hlokang kelello ho ntšetsa pele boitšoaro bo hlephileng ho joaloka papali,+ empa bohlale ke ba motho ea nang le temoho.+
24 Ntho e tšosang ea khopo—ke eona e tla mo hlahela;+ empa takatso ea ba lokileng e tla khotsofatsoa.+ 25 Joaloka ha moea oa sefefo o feta, ka ho tšoanang ea khopo ha a sa le eo;+ empa ea lokileng ke motheo ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
26 Joaloka asene menong le joaloka mosi mahlong, motho ea botsoa o joalo ho ba mo romang.+
27 Ho tšaba Jehova ho tla eketsa matsatsi,+ empa lilemo tsa ba khopo li tla khutsufatsoa.+
28 Tebello ea ba lokileng ke thabo,+ empa tšepo ea ba khopo e tla timela.+
29 Tsela ea Jehova ke qhobosheane bakeng sa ea sa tšoauoeng phoso,+ empa tšenyeho ke ea ba tloaetseng ho etsa se kotsi.+
30 Ha e le ea lokileng, a ke ke a etsoa hore a thekesele ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+ empa ha e le ba khopo, ba ke ke ba tsoela pele ba lula lefatšeng.+
31 Molomo oa ea lokileng—o beha litholoana tsa bohlale,+ empa leleme le khelohileng le tla khaoloa.+
32 Molomo oa ea lokileng—o tseba kamohelo,+ empa melomo ea ba khopo ke ho kheloha.+
11 Sekala se qhekellang ke ntho e manyala ho Jehova,+ empa majoe a ho bekha a feletseng aa mo khahlisa.
2 Na ho iketelletsa pele ho tlile? Joale ho se hlomphehe ho tla tla;+ empa bohlale bo ho ba inyenyefatsang.+
3 Botšepehi ba ba lokileng ke bona bo ba tsamaisang,+ empa ho khopama ha ba sebetsang ka bolotsana ho tla ba tlatlapa.+
4 Lintho tsa bohlokoa e tla ba tse se nang molemo letsatsing la khalefo,+ empa ho loka ho tla lopolla lefung.+
5 Ho loka ha ea sa tšoauoeng phoso ho tla otlolla tsela ea hae,+ empa ea khopo o tla oela bokhopong ba hae.+ 6 Ho loka ha ba lokileng ho tla ba lopolla,+ empa ba sebetsang ka bolotsana ba tla tšoasoa ke takatso ea bona.+
7 Ha motho ea khopo a shoa, tšepo ea hae ea timela;+ esita le tebello e thehiloeng matleng e timetse.+
8 Ea lokileng ke eena ea pholosoang mahlomoleng,+ ’me bakeng sa hae ho kena ea khopo.+
9 Ka molomo oa hae mokoenehi o felisa oa habo,+ empa ba lokileng ba pholosoa ke tsebo.+
10 Ka lebaka la molemo oa ba lokileng motse oa nyakalla,+ empa ha ba khopo ba timela ho ba le mohoo oa thabo.+
11 Ka lebaka la tlhohonolofatso ea ba lokileng motse oa phahamisoa,+ empa ka lebaka la melomo ea ba khopo oa qhaqhoa.+
12 Eo pelo ea hae e haelloang o nyelisitse oa habo,+ empa motho ea nang le temoho e batsi ke ea khutsang.+
13 Ea tsamaeang e le moetselletsi+ o senola lekunutu,+ empa ea tšepahalang moeeng o koahela taba.+
14 Ha ho se na tataiso e bohlale, batho baa oa;+ empa ho na le poloko ha baeletsi ba le bangata.+
15 Ka sebele motho o tla tsamaeloa ke lintho hampe kahobane a ipehile paneng bakeng sa osele,+ empa ea hloileng ho tšoaroa ka letsoho ha a na matšoenyeho.
16 Mosali ea khahlehang ke eena ea fumanang thoriso;+ empa bahatelli ba fumana maruo.
17 Motho ea nang le mosa o lerato o sebetsana ka mokhoa o putsang le moea oa hae,+ empa motho ea sehlōhō o tlisetsa ’mele oa hae khathatso.+
18 Ea khopo o etsa moputso oa bohata,+ empa ea jalang ho loka, o etsa moputso oa ’nete.+
19 Ea emang a tiile bakeng sa ho loka o mocheng oa bophelo,+ empa ea lelekisang se sebe o mocheng oa lefu la hae.+
20 Ba lipelo li khopameng ke ntho e manyala ho Jehova,+ empa ba sa tšoauoeng phoso litseleng tsa bona baa mo khahlisa.+
21 Le hoja matsoho a ka kopana, motho e mobe a ke ke a tsoela pele a sa fuoe kotlo;+ empa ka sebele bana ba ba lokileng ba tla phonyoha.+
22 Joaloka lesale la nko la khauta sefeneng sa kolobe, mosali e motle empa a furalla ho ba le kelello o joalo.+
23 Ka sebele takatso ea ba lokileng e ntle;+ tšepo ea ba khopo ke khalefo.+
24 Ho na le ea hasanyang leha ho le joalo a ntse a ekeletsoa;+ le ea ithibang ho se nepahetseng, empa ho fella feela ka ho hloka.+
25 Moea o fanang ka seatla se bulehileng o tla nona,+ ’me ea nosetsang ba bang ka bolokolohi o tla nosetsoa ka bolokolohi.+
26 Ea timanang ka lijo-thollo—sechaba se tla mo rohaka, empa ho na le tlhohonolofatso bakeng sa hlooho ea ea li tlohelang hore li rekoe.+
27 Ea batlang se molemo o tla ’ne a batle kamohelo;+ empa ha e le ea batlang bobe, bo tla mo oela holimo.+
28 Ea tšepang maruo a hae—o tla oa;+ empa ba lokileng ba tla atleha feela joaloka makhasi.+
29 Ha e le mang kapa mang ea tlisetsang ntlo ea hae khathatso,+ o tla rua moea;+ ’me leoatla e tla ba mohlanka oa ea pelo e bohlale.
30 Litholoana tsa ea lokileng ke sefate sa bophelo,+ ’me ea hapang meea o bohlale.+
31 Bonang! Ea lokileng—o tla putsoa lefatšeng.+ Ea khopo le moetsalibe ba lokela ho putsoa hakaakang!+
12 Ea ratang taeo o rata tsebo,+ empa ea hloileng khalemelo ha a nahane.+
2 Ea molemo o fumana kamohelo e tsoang ho Jehova,+ empa motho ea nang le mehopolo e khopo o phatlalatsa hore o khopo.+
3 Ha ho motho ea tla tiisoa ka thata ke bokhopo;+ empa ha e le motheo oa metso ea ba lokileng, o ke ke oa etsoa hore o thekesele.+
4 Mosali ea nang le bokhoni ke moqhaka ho mong’a hae,+ empa mosali ea itšoarang ka mokhoa o hlabisang lihlong o joaloka ho bola masapong a mong’a hae.+
5 Menahano ea ba lokileng ke kahlolo;+ ho tsamaisoa ke ba khopo ke thetso.+
6 Mantsoe a ba khopo ke ho lalla bakeng sa mali,+ empa melomo ea ba lokileng ke eona e tla ba lopolla.+
7 Ba khopo baa lihuoa ’me ha ba sa le eo,+ empa ntlo ea ba lokileng e tla ’ne e eme.+
8 Motho o tla rorisoa ka lebaka la molomo oa hae o masene,+ empa ea pelo e sothehileng o tla nyelisoa.+
9 Ea khelloang fatše empa a e-na le mohlanka o molemo ho feta ea itlotlisang empa a hloka bohobe.+
10 Ea lokileng o hlokomela moea oa phoofolo ea hae e ruuoang,+ empa mehauhelo ea ba khopo e sehlōhō.+
11 Ea lemang mobu oa hae o tla khotsofatsoa ke bohobe,+ empa ea phehellang lintho tsa lefeela o na le pelo e haelloang.+
12 Ea khopo o lakalitse phofu e tšoasitsoeng ke letlooa ea batho ba babe;+ empa ha e le motso oa ba lokileng, oa beha.+
13 Motho e mobe o tšoasoa ke tlōlo ea molomo,+ empa ea lokileng o tsoa mahlomoleng.+
14 Motho o khotsofatsoa ke se molemo se tsoang litholoaneng tsa molomo oa hae,+ ’me liketso tsa matsoho a motho li tla khutlela ho eena.+
15 Tsela ea leoatla e nepahetse mahlong a lona,+ empa ea mamelang keletso o bohlale.+
16 Ke leoatla le tsebahatsang matšoenyeho a lona ka letsatsi lona leo,+ empa ea masene o koahela ho se hlomphehe.+
17 Ea phatlalatsang botšepehi o tla bolela se lokileng,+ empa paki ea bohata, e tla bolela thetso.+
18 Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole,+ empa maleme a ba bohlale ke pholiso.+
19 Molomo oa ’nete+ o tla tiisoa ka thata ka ho sa feleng,+ empa leleme la bohata le tla ba teng feela ka motsotsoana.+
20 Thetso e ka lipelong tsa ba rerang bobe,+ empa ba rerang khotso ba na le thabo.+
21 Ha ho letho le kotsi le tla hlahela ea lokileng,+ empa ba khopo ke bona bao ka sebele ba tla tlala litlokotsi.+
22 Molomo oa bohata ke ntho e manyala ho Jehova,+ empa ba sebetsang ka botšepehi baa mo khahlisa.+
23 Motho ea masene o koahela tsebo,+ empa lipelo tsa ba hlokang kelello li hoeletsa booatla.+
24 Matsoho a ba khothetseng a tla busa,+ empa letsoho le monyebe le tla etsa mosebetsi o qobelloang.+
25 Ho tšoenngoa ke lipelaelo ka pelong ea motho ho tla etsa hore e thulame,+ empa lentsoe le molemo le etsa hore e thabe.+
26 Ea lokileng o hloela lekhulo la hae, empa tsela ea ba khopo e etsa hore ba lelere.+
27 Monyebe o ke ke oa lelekisa liphoofolo tseo motho a li tsomang,+ empa khothalo ke leruo la motho la bohlokoa.
28 Tseleng ea ho loka ho na le bophelo,+ ’me leeto tseleng ea hona ha e bolele lefu.+
13 Mora o ba bohlale moo ho nang le taeo ea ntate,+ empa mosomi ke ea sa utloang khalemelo e matla.+
2 Motho o tla ja se molemo se tsoang litholoaneng tsa molomo oa hae,+ empa moea oa ba sebetsang ka bolotsana ke pefo.+
3 Ea lebelang molomo oa hae o boloka moea oa hae.+ Ea ahlamisang molomo—o tla ba le tšenyeho.+
4 Ea botsoa o iponahatsa a lakatsa, empa moea oa hae ha o na letho.+ Leha ho le joalo, moea oa ba khothetseng o tla nona.+
5 Ea lokileng o hloile lentsoe la bohata,+ empa ba khopo ba itšoara ka mokhoa o hlabisang lihlong ’me ba ipakela nyeliso.+
6 Ho loka ho sireletsa ea se nang kotsi tseleng ea hae,+ empa bokhopo bo liha moetsalibe.+
7 Ho na le ea iketsang eka ke morui leha ho le joalo a se na letho ho hang;+ ho na le ea iketsang eka o na le ho honyenyane leha ho le joalo a e-na le lintho tse ngata tsa bohlokoa.
8 Thekollo bakeng sa moea oa motho ke maruo a hae,+ empa ea nang le ho honyenyane ha aa ka a utloa khalemelo e matla.+
9 Leseli la ba lokileng le tla thaba;+ empa lebone la ba khopo—le tla tima.+
10 Ka ho iketelletsa pele motho o baka ntoa feela,+ empa ho ba rerisanang hammoho ho na le bohlale.+
11 Lintho tsa bohlokoa tse hlahisoang ke lefeela lia fokotseha,+ empa ea bokellang ka letsoho ke eena ea eketsang.+
12 Tebello e chechisetsoang morao e kulisa pelo,+ empa ntho e lakatsehang ke sefate sa bophelo ha e tla.+
13 Ea nyelisitseng lentsoe,+ tebeletso ea ea nang le molato e tla nkoa ho eena; empa ea tšabang taelo ke eena ea tla putsoa.+
14 Molao oa ea bohlale ke mohloli oa bophelo,+ bakeng sa ho furallisa motho maraba a lefu.+
15 Temohisiso e molemo e fana ka kamohelo,+ empa tsela ea ba sebetsang ka bolotsana e matsutla.+
16 E mong le e mong ea masene o tla sebetsa ka tsebo,+ empa ea hlokang kelello o tla hasanya booatla hohle.+
17 Lenģosa le khopo le tla oela bobeng,+ empa moromuoa ea tšepahalang ke pholiso.+
18 Ea hlokomolohang taeo o oela bofutsaneng le ho se hlompheheng,+ empa ea bolokang khalemelo ke eena ea tlotlisoang.+
19 Takatso ha e phethahala e khahlisa moea;+ empa ho furalla bobe ke ntho e manyala ho ba hlokang kelello.+
20 Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa,+ empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.+
21 Baetsalibe ke bona bao tlokotsi e ba phehellang,+ empa ba lokileng ke bona ba putsoang ke se molemo.+
22 Ea molemo o tla siela bara ba bara lefa, ’me leruo la moetsalibe ke ntho e bolokeloang ea lokileng.+
23 Mobu o lenngoeng oa batho ba nang le ho honyenyane o beha lijo tse ngata,+ empa ho na le ea hoholehang ka lebaka la ho haelloa ke kahlolo.+
24 Ea sa sebeliseng thupa o hloile mora oa hae,+ empa ea mo ratang o mo batla ka taeo.+
25 Ea lokileng o ja ho fihlela moea oa hae o khotsofetse,+ empa limpa tsa ba khopo li tla lapa.+
14 Mosali ea bohlale e le kannete o hahile ntlo ea hae,+ empa oa leoatla o e heletsa ka matsoho a hae.+
2 Ea tsamaeang ho lokeng ha hae o tšaba Jehova,+ empa ea litsela li khopameng oa Mo nyelisa.+
3 Molamu oa boikhohomoso o molomong oa leoatla,+ empa melomo ea ba bohlale e tla ba lebela.+
4 Moo ho se nang likhomo sejelo se hloekile, empa chai e khōlō ka lebaka la matla a poho.
5 Paki e tšepahalang e ke ke ea bua leshano,+ empa paki ea bohata e phatlalatsa mashano.+
6 Mosomi o batlile ho fumana bohlale, ’me ha bo eo; empa tsebo ke ntho e bonolo ho ea nang le kutloisiso.+
7 Tloha ka pel’a motho ea hlokang kelello,+ etsoe ka sebele u ke ke ua ela hloko molomo oa tsebo.+
8 Bohlale ba ea masene ke ho utloisisa tsela ea hae,+ empa booatla ba ba hlokang kelello ke thetso.+
9 Ba fetolang molato litšeho ke maoatla,+ empa har’a ba lokileng ho na le tumellano.+
10 Pelo e hlokomela bohloko ba moea oa motho,+ ’me ha ho osele ea tla kena-kenana le ho thaba ha eona.
11 Ntlo ea batho ba khopo e tla felisoa,+ empa tente ea ba lokileng e tla atleha.+
12 Ho na le tsela e lokileng ka pel’a motho,+ empa qetello ea eona hamorao ke litsela tsa lefu.+
13 Esita le litšehong pelo e ka ’na ea utloa bohloko;+ ’me ho thaba ho qetella ka mesarelo.+
14 Ea se nang tumelo pelong o tla khotsofalla liphello tsa litsela tsa hae,+ empa motho ea molemo o tla khotsofalla liphello tsa mesebetsi ea hae.+
15 Mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng,+ empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.+
16 Ea bohlale oa tšaba ’me o furalla bobe,+ empa ea hlokang kelello oa halefa ’me oa itšepa.+
17 Ea potlakelang ho halefa o tla etsa booatla,+ empa motho ea nang le matla a ho nahana o hloiloe.+
18 Ka sebele ba se nang phihlelo ba tla rua booatla,+ empa ba masene ba tla roala tsebo joaloka se roaloang hloohong.+
19 Batho ba babe ba tla lokela ho inama ka pel’a ba molemo,+ ’me batho ba khopo ba iname lihekeng tsa ea lokileng.
20 Ea nang le ho honyenyane o hloiloe le ke oa habo,+ empa metsoalle ea morui e mengata.+
21 Ea nyelisang oa habo o etsa sebe,+ empa ho thaba ea bontšang mohau ho ba hlorileng.+
22 Na ba rerang bobe ba ke ke ba tsamaea ba lelera?+ Empa ho na le mosa o lerato le ’nete mabapi le ba rerang se molemo.+
23 Ka mofuta o mong le o mong oa ho sehla ho ba le molemo,+ empa lentsoe feela la molomo le isa ho hlokeng.
24 Moqhaka oa ba bohlale ke maruo a bona; booatla ba ba hlokang kelello ke booatla.+
25 Paki ea ’nete e lopolla meea,+ empa e thetsang e phatlalatsa mashano feela.+
26 Ho na le kholiseho e matla ho tšabeng Jehova,+ ’me ho tla ba le setšabelo bakeng sa bara ba hae.+
27 Ho tšaba Jehova ke seliba sa bophelo,+ bakeng sa ho furalla maraba a lefu.+
28 Ho na le mokhabo oa morena ha batho ba le bangata,+ empa moo sechaba se haellang ho na le tšenyeho ea molaoli ea phahameng.+
29 Ea liehang ho halefa o tletse temoho,+ empa ea felang pelo o phahamisa booatla.+
30 Pelo e nang le khutso ke bophelo ba sebōpuoa sa nama,+ empa poulelo ke ho bola masapong.+
31 Ea etsetsang ea tlaase bolotsana o nyelisitse Moetsi oa hae,+ empa ea bontšang mohau ho ea futsanehileng oa Mo tlotlisa.+
32 Ka lebaka la bobe ba hae ea khopo o tla sutumelletsoa fatše,+ empa ea lokileng o tla fumana setšabelo botšepehing ba hae.+
33 Pelong ea ea nang le kutloisiso ho lutse bohlale,+ ’me bo tsebahala har’a ba hlokang kelello.
34 Ho loka ho phahamisa sechaba,+ empa sebe ke ntho e nyelisehang lihlopheng tsa lichaba.+
35 Morena o khahlisoa ke mohlanka ea etsang ka temohisiso,+ empa khalefo ea hae e ba ho ea itšoarang ka mokhoa o hlabisang lihlong.+
15 Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo,+ empa lentsoe le utloisang bohloko le baka bohale.+
2 Maleme a ba bohlale a etsa se molemo ka tsebo,+ empa melomo ea ba hlokang kelello e bua booatla e sa khaotse.+
3 Mahlo a Jehova a sebakeng se seng le se seng,+ a lula a talimile ba babe le ba molemo.+
4 Ho khutsa ha leleme ke sefate sa bophelo,+ empa ho khopama ha lona ho bolela ho sithabela moeeng.+
5 Mang kapa mang eo e leng leoatla o hlompholla taeo ea ntat’ae,+ empa mang kapa mang ea elang khalemelo hloko o masene.+
6 Ka tlung ea ea lokileng ho na le ho hongata ho bolokiloeng,+ empa lihlahisoeng tsa ea khopo motho oa khetholloa.+
7 Melomo ea ba bohlale e ntse e hasanya tsebo,+ empa lipelo tsa ba hlokang kelello ha li joalo.+
8 Sehlabelo sa ba khopo ke ntho e manyala ho Jehova,+ empa thapelo ea ba lokileng ea mo khahlisa.+
9 Tsela ea ea khopo ke ntho e manyala ho Jehova,+ empa o rata ea phehellang ho loka.+
10 Taeo e mpe ho ea khelohang tseleng;+ mang kapa mang ea hloileng khalemelo o tla shoa.+
11 Sheole le sebaka sa timetso+ li ka pel’a Jehova.+ Ho joalo hakaakang ka lipelo tsa bara ba moloko oa batho!+
12 Mosomi ha a rate ea mo khalemelang.+ A ke ke a ea ho ba bohlale.+
13 Pelo e thabileng e na le phello e ntle sefahlehong,+ empa ka lebaka la bohloko ba pelo ho na le moea o hlomohileng.+
14 Pelo e nang le kutloisiso e batla tsebo,+ empa melomo ea batho ba hlokang kelello e batla booatla.+
15 Matsatsi ’ohle a ea hlorileng a mabe;+ empa ea pelo e ntle o ba le mokete kamehla.+
16 Ho molemo ho ba le ho honyenyane tšabong ea Jehova+ ho feta ho ba le phepelo e ngata e tsamaeang le pherekano.+
17 Ho ja meroho ho molemo moo ho nang le lerato+ ho feta ho ja poho e fepetsoeng sejelong e tsamaeang le lehloeo.+
18 Motho ea halefileng o tsosa ho hloka kutloano,+ empa ea liehang ho halefa o khutsisa qabang.+
19 Tsela ea ea botsoa e joaloka lekhoakhoa la sehlahla se hlabang,+ empa tsela ea ba lokileng ke tsela e hahiloeng.+
20 Mora ea bohlale o thabisa pelo ea ntat’ae,+ empa motho ea hlokang kelello o nyelisa ’m ’ae.+
21 Booatla ke thabo ho eo pelo ea hae e haelloang,+ empa motho ea nang le temoho o tsamaea ka ho toba.+
22 Merero ea senyeha moo ho se nang lekunutu,+ empa ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyelloang.+
23 Motho o ba le thabo karabong ea molomo oa hae,+ ’me lentsoe le buuoang ka nako ea lona e nepahetseng le molemo hakaakang!+
24 Ho ea etsang ka temohisiso tsela ea bophelo e ea holimo,+ bakeng sa ho furalla Sheole e tlaase.+
25 Jehova o tla qhaqha ntlo ea ba iphahamisang,+ empa o tla tiisa moeli oa mohlolohali.+
26 Merero ea e mobe ke ntho e manyala ho Jehova,+ empa lipolelo tse khahlehang li hloekile.+
27 Ea etsang phaello e sa lokang o tlisetsa ntlo ea hae khathatso,+ empa ea hloileng limpho o tla ’ne a phele.+
28 Pelo ea ea lokileng ea thuisa e le hore e arabe,+ empa melomo ea ba khopo e bua lintho tse mpe e sa khaotse.+
29 Jehova o hōle haholo le ba khopo,+ empa o utloa thapelo ea ba lokileng.+
30 Ho khanya ha mahlo+ ho thabisa pelo;+ tlaleho+ e ntle e nontša masapo.+
31 Tsebe e mamelang khalemelo+ ea bophelo e lula har’a batho ba bohlale.+
32 Mang kapa mang ea sesefang taeo+ o lahla moea oa hae, empa ea mamelang khalemelo o fumana pelo.+
33 Ho tšaba Jehova ke taeo e isang bohlaleng,+ ’me boikokobetso bo etella thoriso pele.+
16 Litokisetso tsa pelo ke tsa motho oa lefatše,+ empa karabo ea leleme e tsoa ho Jehova.+
2 Litsela tsohle tsa motho li hloekile mahlong a hae,+ empa Jehova o lekanya meea.+
3 Rōlela mesebetsi ea hao ho Jehova+ ’me merero ea hao e tla tiisoa ka thata.+
4 Jehova o entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe bakeng sa morero oa hae,+ e, esita le ea khopo bakeng sa letsatsi le lebe.+
5 E mong le e mong ea pelo e ikakasang ke ntho e manyala ho Jehova.+ Matsoho a ka ’na a kopana, empa leha ho le joalo motho a ke ke a lokoloha kotlong.+
6 Ka mosa o lerato le ’nete phoso ea koaheloa,+ ’me ka ho tšaba Jehova motho o furalla bobe.+
7 Ha Jehova a khahlisoa ke litsela tsa motho+ o etsa hore esita le lira tsa hae li lule le eena ka khotso.+
8 Bonyenyane bo nang le ho loka+ bo molemo ho feta lihlahisoa tse ngata tse se nang toka.+
9 Pelo ea motho oa lefatše e ka ’na ea nahana ka tsela ea hae,+ empa Jehova o tsamaisa mehato ea hae.+
10 Qeto e bululetsoeng e lokela ho ba molomong oa morena;+ molomo oa hae ha oa lokela ho se tšepahale kahlolong.+
11 Kofuto e lekanyang le sekala se nang le toka ke tsa Jehova;+ majoe ’ohle a ho bekha a mokotla ke mosebetsi oa hae.+
12 Ho etsa bokhopo ke ntho e manyala ho marena,+ etsoe ka ho loka terone e tiisoa ka thata.+
13 Molomo oa ho loka o khahlisa morena e moholo;+ ’me o rata motho ea buang lintho tse lokileng.+
14 Khalefo ea morena e bolela manģosa a lefu,+ empa motho ea bohlale oa e qoba.+
15 Leseling la sefahleho sa morena ho na le bophelo,+ ’me kamohelo ea hae e joaloka leru la pula ea selemo.+
16 Ho fumana bohlale ho molemo hakaakang ho feta khauta!+ Ho fumana kutloisiso ho lokela ho khethoa ho feta silevera.+
17 Tsela e khōlō ea ba lokileng ke ho furalla bobe.+ Ea sireletsang tsela ea hae o boloka moea oa hae.+
18 Boikakaso bo etella ho oa pele,+ ’me moea o ikhohomosang o etella ho khoptjoa pele.+
19 Ho molemo ho ikokobetsa moeeng hammoho le ba bonolo+ ho feta ho arola thepa e hapuoeng hammoho le ba iphahamisang.+
20 Ea bontšang temohisiso tabeng o tla fumana se molemo,+ ’me ho thaba ea tšepang Jehova.+
21 Ea pelo e bohlale o tla bitsoa ea nang le kutloisiso,+ ’me ea molomo o mosa o eketsa tšusumetso.+
22 Temohisiso ke seliba sa bophelo ho ba nang le eona;+ ’me taeo ea maoatla ke booatla.+
23 Pelo ea ea bohlale e etsa hore molomo oa hae o bontše temohisiso,+ ’me e eketsa tšusumetso molomong oa hae.+
24 Lipolelo tse khahlehang ke khekhe ea linotši,+ li monate moeeng ’me ke pholiso masapong.+
25 Ho na le tsela e lokileng ka pel’a motho,+ empa qetello ea eona hamorao ke litsela tsa lefu.+
26 Moea oa ea sebetsang ka thata o mo sebelelitse ka thata,+ hobane molomo oa hae o mo khannile ka thata.+
27 Motho ea se nang molemo o epolla se sebe,+ ’me, kamoo ho ka boleloang kateng, molomong oa hae ho na le mollo o tlabolang.+
28 Motho ea bolotsana o ntse a hlahisa ho hloka kutloano,+ ’me moetselletsi o arola ba tloaelaneng.+
29 Motho ea mabifi o tla eka oa habo,+ ’me ka sebele o etsa hore a tsamaee ka tsela e seng molemo.+ 30 O roba leihlo ho rera bolotsana.+ O fupa molomo oa hae, ka sebele o phetha bobe.
31 Hlooho e putsoa ke moqhaka oa botle+ ha e fumanoa tseleng ea ho loka.+
32 Ea liehang ho halefa o molemo ho feta monna ea matla,+ ’me ea laolang moea oa hae o molemo ho feta ea hapang motse.+
33 Lotho e lahleloa kotleng ea seaparo,+ empa qeto e ’ngoe le e ’ngoe e etsoang ka eona e tsoa ho Jehova.+
17 Sengoathoana sa bohobe se omeletseng se tsamaeang le khutso+ se molemo ho feta ntlo e tletseng mahlabelo a ho qabana.+
2 Mohlanka ea bontšang temohisiso o tla busa mora ea itšoarang ka mokhoa o hlabisang lihlong,+ ’me o tla ba le karolo ea lefa har’a bara ba motho.+
3 Pitsa ea ho hloekisa ke bakeng sa silevera ’me sebōpi ke bakeng sa khauta,+ empa Jehova ke eena ea hlahlobang lipelo.+
4 Moetsi oa bobe o ela hloko molomo oa se kotsi.+ Ea leshano o mamela leleme le bakang litsietsi.+
5 Ea fetolang ea nang le ho honyenyane litšeho o nyelisitse Moetsi oa hae.+ Ea thabelang koluoa ea e mong a ke ke a lokoloha kotlong.+
6 Moqhaka oa banna-baholo ke litloholo,+ ’me botle ba bara ke bo-ntat’a bona.+
7 Molomo o lokileng ha oa lokela mang kapa mang ea se nang kelello.+ Molomo o leshano o joalo hakaakang ho mohlomphehi!+
8 Mpho ke lejoe le hapang kamohelo mahlong a mong’a lona e moholo.+ Hohle moo a lebang teng o ba le katleho.+
9 Ea koahelang tlōlo o batla lerato,+ ’me ea ntseng a bua ka taba o arola ba tloaelaneng.+
10 Khalemelo e matla e sebetsa ka ho tebileng ho ea nang le kutloisiso+ ho feta ho otla ea hlokang kelello ka makhetlo a lekholo.+
11 E mobe o ntse a batla borabele feela,+ ’me lenģosa le romeloang khahlanong le eena le sehlōhō.+
12 Motho a ke a teane le bere e amohuoeng malinyane+ ho e-na le ho teana le mang kapa mang ea hlokang kelello booatleng ba hae.+
13 Ha e le mang kapa mang ea buseletsang bobe bakeng sa botle,+ bobe bo ke ke ba tloha ntlong ea hae.+
14 Tšimoloho ea ho hloka kutloano e joaloka ea bulelang metsi;+ kahoo pele qabang e qhoma, u itsamaele.+
15 Mang kapa mang ea phatlalatsang hore ea khopo o lokile+ le mang kapa mang ea phatlalatsang hore ea lokileng o khopo+—le bona ke ntho e manyala ho Jehova.+
16 Ke hobane’ng ha ho e-na le tefello ea ho fumana bohlale ka letsohong la ea hlokang kelello,+ le hoja a se na pelo?+
17 Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle,+ ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.+
18 Motho eo pelo ea hae e haelloang o tšoara e mong ka letsoho,+ o ipeha paneng ka ho feletseng ka pel’a motsoalle oa hae.+
19 Mang kapa mang ea ratang tlōlo o rata ntoa.+ Mang kapa mang ea phahamisang monyako oa hae o batla ho oa.+
20 Ea pelo e khopameng a ke ke a fumana se molemo,+ ’me eo leleme la hae le sothehileng o tla oela tlokotsing.+
21 Mang kapa mang ea tsoalang ngoana ea hlokang kelello—ke mesarelo ho eena;+ ntat’a ngoana ea se nang kelello ha a thabe.+
22 Pelo e thabileng ke moriana o motle,+ empa moea o hlomohileng o omeletsa masapo.+
23 Ea khopo o tla nka tjotjo sefubeng+ e le hore a khopamise litsela tsa kahlolo.+
24 Bohlale bo ka pel’a sefahleho sa ea nang le kutloisiso,+ empa mahlo a ea hlokang kelello a pheletsong ea lefatše.+
25 Mora ea hlokang kelello ke matšoenyeho ho ntat’ae+ le bohloko ho ea mo tsoetseng.+
26 Ho feta moo, ho lefisa ea lokileng hase ntho e ntle.+ Ho otla bahlomphehi ho khahlanong le se lokileng.+
27 Mang kapa mang ea tšoarang lipolelo tsa hae o na le tsebo,+ ’me motho ea nang le temoho o na le moea o khutsitseng.+
28 Esita le mang kapa mang eo e leng leoatla, ha a khutsa, o tla nkoa a le bohlale;+ mang kapa mang ea koalang molomo oa hae, o tla nkoa a e-na le kutloisiso.
18 Ea itšehlang thajana o tla batla tabatabelo ea hae ea boithati;+ o tla phasoloha khahlanong le bohlale bohle bo sebetsang.+
2 Mang kapa mang ea hlokang kelello ha a khahloe ke temoho,+ ntle le hore pelo ea hae e itšenole.+
3 Ha ea khopo a kena, keiso le eona e tla kena;+ ’me ho se hlomphehe+ ho tsamaea le nyeliso.
4 Mantsoe a molomo oa motho ke metsi a tebileng.+ Seliba sa bohlale ke molapo o phoroselang.+
5 Ho bontša leeme ho ea khopo hase ntho e ntle,+ leha e le ho qhelela ea lokileng ka thōko kahlolong.+
6 Molomo oa ea hlokang kelello o kena ho qabaneng,+ ’me molomo oa hae o bitsa le lichapo.+
7 Molomo oa ea hlokang kelello ke tšenyeho ea hae,+ ’me molomo oa hae ke leraba bakeng sa moea oa hae.+
8 Mantsoe a moetselletsi a joaloka lintho tse lokelang ho metsoa ka meharo,+ tse theohelang ka likarolong tse ka hare-hare tsa mpa.+
9 Hape, ea iponahatsang a le monyebe mosebetsing oa hae+—ke mor’abo ea bakang tšenyo.+
10 Lebitso la Jehova ke tora e matla.+ Ea lokileng o balehela ho lona ’me o fuoa tšireletso.+
11 Lintho tsa bohlokoa tsa ea ruileng ke motse oa hae o matla,+ ’me li joaloka lerako le sireletsang monahanong oa hae.+
12 Pelo ea motho ea phahama pele a oa,+ ’me boikokobetso bo etella thoriso pele.+
13 Ha mang kapa mang a araba taba pele a e utloa,+ hoo ke booatla ho eena le tlotlollo.+
14 Moea oa motho o ka mamella boloetse ba hae;+ empa ha e le moea o hlomohileng, ke mang ea ka o mamellang?+
15 Pelo ea ea nang le kutloisiso e fumana tsebo,+ ’me litsebe tsa ba bohlale li batla ho fumana tsebo.+
16 Mpho ea motho e tla mo bulela monyako o moholo,+ ’me e tla mo isa esita le ka pel’a batho ba baholo.+
17 Oa pele nyeoeng ea hae o lokile;+ oa habo oa kena ’me ka sebele oa mo phenya.+
18 Lotho e khutsisa likhang,+ ’me e arola ba matla.+
19 Mor’abo motho ha a sitetsoe o feta motse o matla;+ ’me ho na le likhang tse joaloka mokoallo oa tora ea bolulo.+
20 Mpa ea motho e tla khotsofatsoa ke litholoana tsa molomo oa hae;+ o tla khotsofatsoa ke lihlahisoa tsa molomo oa hae.+
21 Lefu le bophelo li matleng a leleme,+ ’me ea le ratang o tla ja litholoana tsa lona.+
22 Na motho o fumane mosali ea molemo?+ O fumane ntho e molemo,+ ’me o fumana kamohelo e tsoang ho Jehova.+
23 Ea nang le ho honyenyane o bua ka likōpo tse tiileng,+ empa ea ruileng o araba ka tsela e matla.+
24 Ho na le metsoalle e ratang ho tsekollana,+ empa ho na le motsoalle ea khomarelang haufi ho feta mor’abo motho.+
19 Mang kapa mang ea nang le ho honyenyane ea tsamaeang botšepehing ba hae o molemo+ ho feta eo molomo oa hae o khopameng, le ea hlokang kelello.+
2 Hape, hase ntho e ntle hore moea o se ke oa e-ba le tsebo,+ ’me ea potlakang ka maoto a hae o etsa sebe.+
3 Booatla ba motho oa lefatše bo khopamisa tsela ea hae,+ kahoo pelo ea hae e halefela Jehova.+
4 Leruo le eketsa metsoalle e mengata,+ empa ea tlaase o arohana le motsoalle oa hae.+
5 Paki ea bohata e ke ke ea lokoloha kotlong,+ ’me ea phatlalatsang mashano a ke ke a phonyoha.+
6 Ba nolofatsang sefahleho sa mohlomphehi ba bangata,+ ’me e mong le e mong ke motsoalle oa motho ea fanang ka limpho.+
7 Barab’abo ea nang le ho honyenyane ba mo hloile kaofela.+ Metsoalle e ntšanang se inong le eena e suthetse thōko le eena hakaakang!+ O ba phehella ka lintho tseo a lokelang ho li bua; ha ba eo.+
8 Ea fumanang pelo+ o rata moea oa hae. Ea lebelang temoho o tla fumana se molemo.+
9 Paki ea bohata e ke ke ea lokoloha kotlong,+ ’me ea phatlalatsang mashano o tla timela.+
10 Monono ha oa lokela mang kapa mang ea hlokang kelello.+ Ho joalo hakaakang hore mohlanka a buse likhosana!+
11 Ka sebele temohisiso ea motho e liehisa bohale ba hae,+ ’me ho hlokomoloha tlōlo ke botle ho eena.+
12 Khalefo ea morena ke ho rora ho joaloka ha taoana e moetse,+ empa kamohelo ea hae e joaloka phoka holim ’a limela.+
13 Mora ea hlokang kelello ke litsietsi ho ntat’ae,+ ’me likhang tsa mosali li joaloka marulelo a nelang a lelekang motho.+
14 Lefa le tsoang ho bo-ntate ke ntlo le leruo,+ empa mosali ea masene o tsoa ho Jehova.+
15 Botsoa bo tlisa boroko bo tebileng,+ ’me moea o monyebe oa lapa.+
16 Ea bolokang taelo o boloka moea oa hae;+ ea nyelisang litsela tsa hae o tla bolaoa.+
17 Ea bontšang mohau ho ea tlaase o alima Jehova,+ ’me O tla mo buseletsa tšoaro ea hae.+
18 Shapa mora oa hao ha ho ntse ho e-na le tšepo;+ ’me takatso ea moea oa hao e se ke ea e-ba ho mo bolaea.+
19 Ea nang le khalefo e khōlō o tla jara tefiso;+ etsoe haeba u ne u ka mo lopolla, u tla ’ne u boele u ho etse nako le nako.+
20 Mamela keletso ’me u amohele taeo,+ e le hore u ka hlalefa bokamosong ba hao.+
21 Merero e ka pelong ea motho e mengata,+ empa morero oa Jehova o tla ema o tiile.+
22 Ntho e lakatsehang ho motho oa lefatše ke mosa oa hae o lerato;+ ’me ea nang le ho honyenyane o molemo ho feta motho ea leshano.+
23 Ho tšaba Jehova ho lebisa bophelong,+ ’me motho o tla hlola bosiu a khotsofetse;+ a ke ke a eteloa ke se sebe.+
24 Ea botsoa o patile letsoho la hae ka sekotlolong sa mokete;+ a ke ke a le khutlisetsa esita le molomong oa hae.+
25 U lokela ho otla mosomi,+ e le hore ea se nang phihlelo a ka ba masene;+ ’me ho lokela ho khalemeloe ea nang le kutloisiso, e le hore a ka lemoha tsebo.+
26 Ea tšoarang ntat’ae hampe le ea lelekang ’m ’ae+ ke mora ea itšoarang ka mokhoa o hlabisang lihlong le ka mokhoa o nyelisehang.+
27 Mora oa ka, ha u khaotsa ho mamela taeo hoo ho tla bolela ho kheloha lipolelo tsa tsebo.+
28 Paki e se nang molemo e fetola toka litšeho,+ ’me melomo ea batho ba khopo e metsa se kotsi.+
29 Likahlolo li tiisitsoe ka thata bakeng sa basomi,+ le lichapo bakeng sa mekokotlo ea ba hlokang kelello.+
20 Veine ke mosomi,+ joala bo tahang bo morusu,+ ’me e mong le e mong ea khelosoang ke bona ha a bohlale.+
2 Ho tšabeha ha morena ke ho rora ho tšoanang le ha taoana e moetse.+ Mang kapa mang ea mo halefisang o siteloa moea oa hae.+
3 Ke khanya ho motho hore a khaotse ho pheha khang,+ empa e mong le e mong eo e leng leoatla o tla itšohlometsa ho eona.+
4 Ka lebaka la mariha ea botsoa a ke ke a lema;+ o tla kōpa nakong ea kotulo, empa ho tla be ho se na letho.+
5 Morero ka pelong ea motho o joaloka metsi a tebileng,+ empa motho ea nang le temoho o tla o kha.+
6 Letšoele la batho le tla phatlalatsa e mong le e mong mosa oa hae o lerato,+ empa ke mang ea ka fumanang motho ea tšepahalang?+
7 Ea lokileng o tsamaea botšepehing ba hae.+ Ho thaba bara ba hae ka mor’a hae.+
8 Morena o lutse holim ’a terone ea kahlolo,+ o hasanya bobe bohle ka mahlo a hae.+
9 Ke mang ea ka reng: “Ke hloekisitse pelo ea ka;+ ke hloekile sebeng sa ka”?+
10 Litekanyo tsa mefuta e ’meli le litekanyo tsa mefuta e ’meli tsa efa+—ka bobeli ba tsona ke ntho e manyala ho Jehova.+
11 Esita le ka liketso tsa hae moshanyana o iketsa hore a hlokomeloe mabapi le hore na mosebetsi oa hae o hloekile ’me o lokile.+
12 Tsebe e utloang le leihlo le bonang—Jehova o li entse ka bobeli ba tsona.+
13 U se ke ua rata boroko, e le hore u se ke ua futsaneha.+ Tutubolla mahlo a hao; khora bohobe.+
14 “E mpe, e mpe!” ho bolela moreki, ’me oa tsamaea.+ Ebe joale oa ithorisa.+
15 Ho na le khauta, le likorale tse ngata; empa molomo o nang le tsebo ke lijana tsa bohlokoa.+
16 Nka seaparo sa motho, haeba a ipehile paneng bakeng sa osele;+ ’me tabeng ea mosali oa molata, u nke tebeletso ho eena.+
17 Bohobe bo fumanoeng ka leshano bo monate ho motho,+ empa ka mor’a moo o tla tlala lehlohlojane ka hanong.+
18 Ka keletso merero e tiisoa ka thata,+ ’me u loane ntoa ea hao ka tataiso e bohlale.+
19 Ea tsamaeang e le moetselletsi o senola lekunutu;+ ’me u se ke ua ba le setsoalle le ea ekoang ke molomo oa hae.+
20 Ha e le mang kapa mang ea rohakang ntat’ae le ’m ’ae,+ lebone la hae le tla tima ha lefifi le atamela.+
21 Lefa le fumanoa ka meharo qalong,+ empa bokamoso ba lona bo ke ke ba hlohonolofatsoa.+
22 U se ke ua re: “Ke tla buseletsa bobe!”+ Tšepa Jehova,+ ’me o tla u pholosa.+
23 Litekanyo tsa mefuta e ’meli ke ntho e manyala ho Jehova,+ ’me sekala se qhekellang ha sea loka.+
24 Mehato ea monna ea shahlileng e tsoa ho Jehova.+ Ha e le motho oa lefatše, a ka lemoha tsela ea hae joang?+
25 Ke leraba ha motho oa lefatše a ile a hooa ka lepotlapotla, “Ntho e Halalelang!”+ ’me ka mor’a boitlamo+ a batla ho hlahloba.+
26 Morena ea bohlale o hasanya batho ba khopo,+ ’me o bilikisetsa lebili holim ’a bona.+
27 Phefumoloho+ ea motho oa lefatše ke lebone la Jehova, le batlisisang likarolo tsohle tse ka hare-hare tsa mpa.+
28 Mosa o lerato le ’nete—li sireletsa morena;+ ’me o tšehelitse terone ea hae ka mosa o lerato.+
29 Botle ba bahlankana ke matla a bona,+ ’me bokhabane ba banna-baholo ke bohlooho-putsoa ba bona.+
30 Maqeba a lematsang a tlosa bobe;+ ’me lichapo, li tlosa likarolo tse ka hare-hare tsa mpa.+
21 Pelo ea morena e joaloka melapo ea metsi letsohong la Jehova.+ O e retelletsa hohle moo a ratang.+
2 Tsela e ’ngoe le e ’ngoe ea motho e lokile mahlong a hae,+ empa Jehova o lekanya lipelo.+
3 Ho etsa ho loka le kahlolo hoa rateha ho Jehova ho feta sehlabelo.+
4 Mahlo a ikhohomosang le pelo e ikakasang,+ lebone la ba khopo, ke sebe.+
5 Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo,+ empa ka sebele e mong le e mong ea lepotlapotla o leba bohloking.+
6 Ho fumana matlotlo ka leleme la bohata ke pululo e lelekoang,+ ho ba batlang lefu.+
7 Ho tlatlapa ha ba khopo ho tla ba hula,+ etsoe ba hanne ho etsa toka.+
8 Motho, esita le osele, o khopame tseleng ea hae;+ empa ea hloekileng o lokile mosebetsing oa hae.+
9 Ho molemo ho lula sekhutlong sa marulelo+ ho feta ho lula le mosali ea ratang likhang, le hoja e le ka tlung e le ’ngoe.+
10 Moea oa ea khopo o lakalitse se sebe;+ oa habo a ke ke a bontšoa mohau mahlong a hae.+
11 Ho lefisa mosomi ho hlalefisa ea se nang phihlelo;+ ’me ka ho fa motho ea bohlale temohisiso motho o fumana tsebo.+
12 Ea Lokileng o nahanela ntlo ea ea khopo,+ o lihela ba khopo tlokotsing ea bona.+
13 Ha e le mang kapa mang ea thibang tsebe ea hae hore e se ke ea utloa mohoo o belaelang oa ea tlaase,+ le eena o tla hooa ’me a ke ke a arajoa.+
14 Mpho e fanoang sephiring e kokobetsa bohale;+ ’me tjotjo sefubeng,+ e kokobetsa khalefo e matla.
15 Ke thabo ho ea lokileng ho etsa toka,+ empa ho na le ho hong ho tšabehang bakeng sa ba tloaetseng ho etsa se kotsi.+
16 Ha e le motho ea hlahlathelang tseleng ea temohisiso,+ o tla lula phuthehong ea ba se nang matla lefung.+
17 Ea ratang monyaka e tla ba motho ea hlokang;+ ea ratang veine le oli a ke ke a fumana maruo.+
18 Ea khopo ke thekollo bakeng sa ea lokileng;+ ’me ea sebetsang ka bolotsana o nka sebaka sa ba lokileng.+
19 Ho molemo ho lula lefeelleng ho feta ho lula le mosali ea ratang likhang hammoho le khalefo.+
20 Letlotlo le lakatsehang le oli li sebakeng sa bolulo sa ea bohlale,+ empa motho ea hlokang kelello o tla le metsa.+
21 Ea phehellang ho loka+ le mosa o lerato o tla fumana bophelo, ho loka le khanya.+
22 Ea bohlale o hloele motse oa banna ba matla, e le hore a ka liha matla a kholiseho ea oona.+
23 Ea bolokang molomo oa hae le leleme la hae o phemisa moea oa hae mahlomola.+
24 Moithorisi ea iketelletsang pele, ea ikhopolang ho tlōla ke lebitso la ea etsang ka khalefo ea ho iketelletsa pele.+
25 Takatso ea ea botsoa e tla mo bolaea, kaha matsoho a hae a hanne ho sebetsa.+ 26 Letsatsi lohle o iponahalitse a e-na le takatso e matla, empa ea lokileng oa fana ’me ha a timane ka letho.+
27 Sehlabelo sa ba khopo ke ntho e manyala.+ Ho joalo hakaakang ha motho a se tlisa a e-na le boitšoaro bo hlephileng.+
28 Paki e leshano e tla timela,+ empa motho ea mamelang o tla bua ka ho sa feleng.+
29 Motho ea khopo o betefetse,+ empa ea lokileng o tla tiisa litsela tsa hae ka thata.+
30 Ha ho bohlale, leha e le temoho efe kapa efe, kapa morero ofe kapa ofe o hanyetsang Jehova.+
31 Pere ke ntho e lokisetsoang letsatsi la ntoa,+ empa poloko ke ea Jehova.+
22 Lebitso le lokela ho khethoa ho e-na le maruo a mangata;+ kamohelo e molemo le ho feta silevera le khauta.+
2 Ea ruileng le ea nang le ho honyenyane ba kopane.+ Moetsi oa bona bohle ke Jehova.+
3 Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata,+ empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele ’me ba tla fumana kotlo.+
4 Phello ea boikokobetso le ho tšaba Jehova ke maruo le khanya le bophelo.+
5 Meutloa le lifi li tseleng ea ea khopameng;+ ea lebelang moea oa hae o emella hōle le tsona.+
6 Koetlisa moshanyana ho ea ka tsela e mo loketseng;+ esita le ha a tsofala a ke ke a e kheloha.+
7 Ea ruileng o busa ba nang le ho honyenyane,+ ’me ea alingoang ke mohlanka oa motho ea mo alimang.+
8 Ea jalang ho se loke o tla kotula se kotsi,+ empa molamu oa khalefo ea hae o tla fela.+
9 Ea leihlo le mosa o tla hlohonolofatsoa, etsoe o file ea tlaase lijo tsa hae.+
10 Leleka mosomi, e le hore ho hloka kutloano ho ka tsoa le hore tsekisano ea molao le ho se hlomphehe li khaotse.+
11 Ea ratang pelo e hloekileng+—ka lebaka la molomo oa hae o khahlehang morena e tla ba motsoalle oa hae.+
12 Mahlo a Jehova a sirelelitse tsebo,+ empa o senya mantsoe a molotsana.+
13 Ea botsoa o itse:+ “Ho na le tau ka ntle!+ Ke tla bolaeloa har’a mapatlelo!”
14 Melomo ea basali basele ke sekoti se tebileng.+ Ea nyatsuoang ke Jehova o tla oela ka ho sona.+
15 Booatla bo tlameletsoe pelong ea moshanyana;+ thupa ea taeo e tla bo suthisetsa hōle le eena.+
16 Ea etsetsang ea tlaase bolotsana hore a iphe lintho tse ngata,+ le ea fang ea ruileng, ka sebele o reretsoe ho ba bohloking.+
17 Sekeha tsebe ’me u utloe mantsoe a ba bohlale,+ e le hore u ka kenya tsebo ea ka pelong ea hao.+ 18 Etsoe ke ntho e khahlisang hore u a boloke ka mpeng ea hao,+ e le hore a ka tiisoa hammoho ka thata molomong oa hao.+
19 Ke u file tsebo kajeno, e le hore tšepo ea hao e be ho Jehova.+
20 Na ha kea u ngolla nakong e fetileng ka likeletso le tsebo,+ 21 e le hore u bontše bonnete ba lipolelo tsa ’nete, e le hore u khutlisetse lipolelo tsa ’nete—ho ea u romang?+
22 U se ke ua tlatlapa ea tlaase kahobane a le tlaase,+ ’me u se ke ua hatella ea hlorileng hekeng.+ 23 Etsoe Jehova o tla buella nyeoe ea bona,+ ’me ka sebele o tla tlatlapa moea oa ba ba tlatlapang.+
24 U se ke ua ba le setsoalle le mang kapa mang ea ineheletseng bohale;+ ’me u se ke ua kena setsoalleng le motho ea tlakolohang ka bohale, 25 e le hore u se ke ua tloaela litsela tsa hae eaba ka sebele u nkela moea oa hao leraba.+
26 U se ke ua ba har’a ba otlanyang matsoho,+ har’a ba iketsang tebeletso bakeng sa likalimo.+ 27 Haeba u se na letho leo u ka le lefang, ke hobane’ng ha a ka nka bethe ea hao ka tlas’a hao?
28 U se ke ua chechisa moeli oa khale, oo baholo-holo ba hao ba o entseng.+
29 Na u bone motho ea nang le tsebo mosebetsing oa hae? O tla ema ka pel’a marena;+ a ke ke a ema ka pel’a batho feela ba tloaelehileng.
23 Haeba u ka lula fatše hore u je le morena, u lokela ho nahana ka khothalo ka se ka pel’a hao,+ 2 ’me u behe thipa ’metsong oa hao haeba u e-na le takatso ea moea.+ 3 U se ke ua iponahatsa u lakatsa lijo tsa hae tse hlabosang, kaha ke lijo tsa mashano.+
4 U se ke ua sehlela ho fumana maruo.+ Tlohela kutloisiso ea hao.+ 5 Na u entse hore mahlo a hao a a qekotse, le hoja e se letho?+ Etsoe ruri a iketsetsa mapheo a kang a ntsu ’me a fofela maholimong.+
6 U se ke ua ja lijo tsa mang kapa mang ea nang le leihlo le sa faneng ka seatla se bulehileng,+ kapa ua iponahatsa u lakatsa lijo tsa hae tse hlabosang.+ 7 Etsoe joaloka ea lekantseng ka hare ho moea oa hae, ke kamoo a leng kateng.+ O re ho uena: “Ja ’me u noe,” empa pelo ea hae ha e eo ho uena.+ 8 Sengoathoana sa hao seo u se jeleng, u tla se hlatsa, ’me u tla be u sentse mantsoe a hao a khahlisang.+
9 U se ke ua buela ka litsebeng tsa ea hlokang kelello,+ etsoe o tla nyelisa mantsoe a hao a masene.+
10 U se ke ua chechisa moeli oa khale,+ ’me u se ke ua kena tšimong ea bashanyana ba se nang bo-ntate.+ 11 Etsoe Molopolli oa bona o matla; o tla buella nyeoe ea bona ho uena.+
12 Tlisa pelo ea hao taeong le tsebe ea hao lipolelong tsa tsebo.+
13 U se ke ua tima moshanyana taeo.+ Haeba u mo otla ka thupa, a ke ke a shoa. 14 U lokela ho mo otla ka thupa, e le hore u ka lopolla moea oa hae Sheole.+
15 Mora oa ka, haeba pelo ea hao e hlalefile,+ esita le pelo ea ka e tla thaba.+ 16 Liphio tsa ka li tla thaba ha molomo oa hao o bolela ho loka.+
17 Pelo ea hao e se ke ea honohela baetsalibe,+ empa u tšabe Jehova letsatsi lohle.+ 18 Etsoe tabeng eo ho tla ba le bokamoso,+ ’me tšepo ea hao e ke ke ea felisoa.+
19 Uena mora oa ka, utloa ’me u hlalefe, ’me u tsamaise pelo ea hao tseleng.+
20 U se ke ua ba har’a ba noang veine haholo,+ har’a ba jang nama ka bonyollo.+ 21 Etsoe letahoa le monyollo ba tla futsaneha,+ ’me ho otsela ho tla apesa motho maharasoa.+
22 Mamela ntat’ao ea u tsoetseng,+ ’me u se ke ua nyelisa ’m ’ao hobane feela a tsofetse.+ 23 Reka ’nete+ ’me u se ke ua e rekisa—bohlale le taeo le kutloisiso.+ 24 Ruri ntat’a ea lokileng o tla thaba;+ ea tsoalang ea bohlale le eena o tla thabisoa ke eena.+ 25 Ntat’ao le ’m ’ao ba tla thaba, ’me ea u tsoetseng o tla nyakalla.+
26 Mora oa ka, u mphe pelo ea hao, ’me e se eka mahlo ao a hao a ka khahlisoa ke litsela tsa ka.+ 27 Etsoe letekatse ke sekoti se tebileng+ ’me mosali osele ke seliba se moqotetsane. 28 Ka sebele eena, feela joaloka lesholu, oa lalla;+ ’me o eketsa balotsana har’a banna.+
29 Ke mang ea nang le bomalimabe? Ke mang ea hlokang botsitso? Ke mang ea nang le likhang?+ Ke mang ea nang le matšoenyeho? Ke mang ea nang le maqeba ntle ho lebaka? Ke mang ea mahlo a lerootho? 30 Ke ba lulelang veine nako e telele,+ ba tlileng ho batla veine e tsoakiloeng.+ 31 U se ke ua talima veine ha e hlahisa ’mala o mofubelu, ha e phophoma ka senoelong, ha e theohela ka mokhoa o thellang. 32 Qetellong ea eona e loma feela joaloka noha,+ ’me e ntša chefo feela joaloka marabe.+ 33 Mahlo a hao a tla bona lintho tse sa tloaelehang, ’me pelo ea hao e tla bua lintho tse khelohileng.+ 34 Ka sebele u tla ba joaloka ea robalang bohareng ba leoatle, esita le joaloka ea robalang tlhōrōng ea palo e tšehetsang seile ea sekepe.+ 35 “Ba nkotlile, empa ha kea ka ka kula; ba ntjabetse, empa ha kea ka ka tseba. Ke tla tsoha neng?+ Ke sa ntse ke tla e batla hape.”+
24 U se ke ua honohela batho ba babe,+ ’me u se ke ua iponahatsa u lakatsa ho itsoakanya le bona.+ 2 Etsoe lipelo tsa bona li lula li thuisa ka ho tlatlapa, le melomo ea bona e lula e bolela khathatso.+
3 Ntlo e tla hahuoa ka bohlale,+ ’me e tla tiisoa ka thata ka masene.+ 4 Ka tsebo likamore tse ka hare li tla tlala lintho tsohle tsa bohlokoa le tse khahlisang tsa bohlokoa.+
5 Ea bohlale matleng ke monna ea shahlileng,+ ’me motho ea nang le tsebo o eketsa matla.+ 6 Etsoe u tla loana ntoa ea hao ka tataiso e bohlale,+ ’me ha baeletsi ba le bangata ho na le poloko.+
7 Ho leoatla bohlale ba ’nete bo phahame haholo;+ le ke ke la bula molomo oa lona hekeng.
8 Ha e le mang kapa mang ea rerang ho etsa bobe, o tla bitsoa monghali likhopolong tse mpe.+
9 Boitšoaro bo hlephileng ba booatla ke sebe,+ ’me mosomi ke ntho e manyala ho moloko oa batho.+
10 Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola?+ Matla a hao a tla fokola.
11 Lopolla ba isoang lefung; ’me e se eka u ka thiba+ ba thekesellang polaong. 12 Haeba u ka re: “Bonang! Re ne re sa tsebe sena,”+ na ea lekanyang lipelo a ke ke a ho lemoha,+ ’me ea hlokomelang moea oa hao a tsebe+ ’me ka sebele a buseletse motho oa lefatše ho ea ka mosebetsi oa hae?+
13 Mora oa ka, u je mahe a linotši, etsoe a monate; ’me mahe a linotši a khekheng a monate a ke a be mahalapeng a hao.+ 14 Ka tsela e tšoanang, u tsebe bohlale bakeng sa moea oa hao.+ Haeba u bo fumane, joale ho na le bokamoso, ’me tšepo ea hao e ke ke ea felisoa.+
15 U se ke ua lalla sebaka sa bolulo sa ea lokileng, joaloka ea khopo;+ u se ke ua tlatlapa sebaka sa hae sa phomolo.+ 16 Etsoe ea lokileng a ka ’na a oa esita le ka makhetlo a supileng, ’me ka sebele o tla ema;+ empa ba khopo ba tla etsoa hore ba khoptjoe ke tlokotsi.+
17 Ha sera sa hao se oa, u se ke ua thaba; ’me ha se etsoa hore se khoptjoe, e se eka pelo ea hao e ke ke ea nyakalla,+ 18 hore Jehova a se ke a bona ’me ha e-ba hobe mahlong a hae eaba ka sebele o khutlisa bohale ba hae khahlanong le sona.+
19 U se ke ua iponahatsa u halefetse baetsi ba bobe. U se ke ua honohela batho ba khopo.+ 20 Etsoe ho ke ke ha e-ba le bokamoso bakeng sa mang kapa mang e mobe;+ lebone la batho ba khopo le tla tima.+
21 Mora oa ka, u tšabe Jehova le morena.+ Ba batlang phetoho, u se ke ua kena-kenana le bona.+ 22 Etsoe koluoa ea bona e tla hlaha ka tšohanyetso,+ hoo e leng mang ea hlokomelang pheliso ea ba batlang phetoho?+
23 Lipolelo tsena le tsona ke tsa ba bohlale:+ Ho bontša leeme kahlolong hase ntho e ntle.+
24 Ea reng ho ea khopo: “U lokile,”+ batho ba tla mo rohaka, lichaba li tla mo nyatsa. 25 Empa ho ba mo khalemelang ho tla ba monate,+ ’me tlhohonolofatso ea se molemo e tla tla holim ’a bona.+ 26 Ea arabang ka tsela e otlolohileng o tla aka molomo.+
27 Lokisa mosebetsi oa hao ka ntle, ’me u itokisetse oona tšimong.+ Ka mor’a moo u boele u hahe lelapa la hao.
28 U se ke ua ba paki khahlanong le oa heno ntle ho mabaka.+ Joale u ne u tla ba leoatla ka molomo oa hao.+ 29 U se ke ua re: “Feela joalokaha a nkentse, ke tla mo etsa joalo.+ Ke tla buseletsa e mong le e mong ho ea ka liketso tsa hae.”+
30 Ke ile ka feta haufi le tšimo ea motho ea botsoa+ le haufi le serapa sa morara sa motho eo pelo ea hae e haelloang.+ 31 Bonang! Kaofela ha eona e hlahisitse litlama-tlama.+ Bobatsi bo ne bo e koahetse ka holimo, ’me lerako la eona la majoe le qhaqhiloe.+
32 Kahoo ka talima; ka qala ho ho tebisa pelong;+ ka bona, ka amohela taeo:+ 33 Ho robala hanyenyane, ho re shoa! hanyenyane, ho phutha matsoho hanyenyane hore u robale,+ 34 ’me ka sebele bofutsana ba hao bo tla tla joaloka lesholu la litseleng ’me ho hloka ha hao ho tle joaloka motho ea hlometseng.+
25 Ana le ’ona ke maele a Solomone+ ao banna ba Ezekiase morena oa Juda+ ba ileng ba a kopitsa:
2 Khanya ea Molimo ke ho boloka taba e le sephiri,+ ’me khanya ea marena ke ho phenya taba.+
3 Maholimo ka bophahamo+ le lefatše ka botebo,+ le lipelo tsa marena, li ke ke tsa batlisisoa.+
4 Ho ke ho tlosoe manya a okolehang silevereng, ’me kaofela ha eona e tla tsoa e hloekile.+
5 Ho ke ho tlosoe e mobe ka pel’a morena,+ ’me terone ea hae e tla tiisoa ka thata ka ho loka.+
6 U se ke ua itlotlisa ka pel’a morena,+ ’me u se ke ua ema sebakeng sa ba baholo.+ 7 Etsoe ho molemo ho eena hore a re ho uena: “Nyolohela mona,”+ ho feta hore a u kokobetse ka pel’a mohlomphehi eo mahlo a hao a mo boneng.+
8 U se ke ua tloha ho ea tsamaisa nyeoe ka lepotlapotla, e le hore e se ke ea e-ba taba ea seo u tla se etsa qetellong ea eona ha oa heno joale a u tlotlolla.+ 9 Buella nyeoe ea hao ho oa heno,+ ’me u se ke ua senola lekunutu la e mong;+ 10 e le hore ea mametseng a se ke a u hlabisa lihlong ’me tlaleho e mpe ka uena e se ke ea hopoloa.
11 Lentsoe le builoeng ka nako e nepahetseng le joaloka liapole tsa khauta ka lijaneng tse betliloeng tsa silevera.+
12 Ea khalemelang ka bohlale ke lesale la khauta le mokhabiso oa khauta e khethehileng tsebeng e utloang.+
13 Moromuoa ea tšepahalang o joalo feela ka lehloa+ le pholileng letsatsing la kotulo ho ba mo romang, kaha o hlasimolla moea oa beng ba hae.+
14 Motho ea ithorisang ka mpho ea bohata o joaloka maru a nang le mouoane le moea o se nang pula ea litloebelele.+
15 Molaoli o susumetsoa ka ho se fele pelo, ’me leleme le bonolo le ka roba lesapo.+
16 Na u fumane mahe a linotši?+ Ja a u lekaneng, e le hore u se ke ua ja a mangata haholo eaba u lokela ho a hlatsa.+
17 Etsa hore leoto la hao le ee ka seoelo ntlong ea oa heno, e le hore a se ke a khathala ke uena eaba ka sebele oa u hloea.
18 Motho ea pakang khahlanong le oa habo e le paki ea bohata o joaloka molamu oa ntoa le sabole le motsu o leolitsoeng.+
19 Ho tšepa ea bolotsana letsatsing la mahlomola ho joaloka leino le robehileng le leoto le tetemang.+
20 Ea hlobolang seaparo letsatsing le batang o joaloka asene holim ’a alkali le joaloka sebini se binelang pelo e soabileng lipina.+
21 Haeba ea u hloileng a lapile, u mo fe bohobe hore a je; ’me haeba a nyoriloe, u mo fe metsi hore a noe.+ 22 Etsoe u bokella mashala hloohong ea hae,+ ’me Jehova o tla u putsa.+
23 Moea o tsoang leboea o hlahisa pula ea litloebelele joalokaha eka ke ka bohloko ba pelehi;+ ’me leleme le hlahatsang sephiri, le hlahisa sefahleho se nyatsuoang.+
24 Ho molemo ho lula sekhutlong sa marulelo ho feta ho lula le mosali ea ratang likhang, le hoja e le ka tlung e le ’ngoe.+
25 Joaloka metsi a batang ho moea o khathetseng,+ tlaleho e ntle e tsoang naheng e hōle e joalo.+
26 Ea lokileng ha a thekesela ka pel’a ea khopo ke mohloli o lukiloeng le seliba se sentsoeng.+
27 Ho ja mahe a linotši a mangata haholo hase ntho e ntle;+ le hore batho ba ipatlele khanya, na ke khanya?+
28 Motho ea sa thibeng moea oa hae, o joaloka motse o thuhiloeng, o se nang lerako.+
26 Joaloka lehloa lehlabula le pula nakong ea kotulo,+ ka ho tšoanang khanya ha ea lokela ea hlokang kelello.+
2 Feela joalokaha nonyana e e-na le lebaka la ho baleha le joalokaha lefokotsane le e-na le lebaka la ho fofa, ka ho tšoanang bomalimabe ha bo tle ntle ho lebaka la sebele.+
3 Sephali ke sa pere,+ tōmo+ ke ea esele, ’me thupa ke ea mokokotlo oa batho ba hlokang kelello.+
4 U se ke ua araba mang kapa mang ea hlokang kelello ho ea ka booatla ba hae, e le hore u se ke ua tšoana le eena.+
5 Araba motho ea hlokang kelello ho ea ka booatla ba hae, e le hore a se ke a ipona bohlale.+
6 Ea lahlelang litaba letsohong la motho ea hlokang kelello o joaloka motho ea pomang maoto a hae, joaloka motho ea noang pefo feela.+
7 Na maoto a ea holofetseng a khile metsi? Joale ho na le maele melomong ea batho ba hlokang kelello.+
8 Joaloka motho ea koahelang lejoe qubung ea majoe, ea fanang ka thoriso ho motho feela ea hlokang kelello o joalo.+
9 Joalokaha setlama-tlama se meutloa se hlahile ka letsohong la letahoa, ka ho tšoanang maele a hlahile ka melomong ea batho ba hlokang kelello.+
10 Ea hirang motho ea hlokang kelello+ kapa ea hirang ba fetang ka tsela o joaloka ea fulang metsu ea hlabang ntho e ’ngoe le e ’ngoe.
11 Feela joaloka ntja e khutlelang mahlatseng a eona, ea hlokang kelello o pheta booatla ba hae.+
12 Na u bone motho ea iponang bohlale?+ Ho na le tšepo bakeng sa ea hlokang kelello+ ho feta bakeng sa hae.
13 Ea botsoa o itse: “Ho na le taoana tseleng, le tau har’a mapatlelo.”+
14 Lemati le ntse le tsamaea holim ’a ase ea lona, ’me ea botsoa o ntse a fetoha holim ’a setulo sa hae se kang bethe.+
15 Ea botsoa o patile letsoho la hae ka sekotlolong sa mokete; o tepeletse haholo hore a ka le khutlisetsa molomong.+
16 Ea botsoa o ipona bohlale+ ho feta ba supileng ba fanang ka karabo e nang le kelello.
17 Mang kapa mang ea fetang ka tsela ea halefelang qabang eo e seng ea hae o joaloka ea tšoarang ntja ka litsebe.+
18 Feela joaloka motho ea hlanyang ea fulang metsu e tukang,+ marumo le lefu, 19 ho joalo le ka motho ea qhekeletseng oa habo ’me a itse: “Na ke ne ke sa bapale?”+
20 Moo ho se nang patsi mollo oa tima, ’me moo ho se nang moetselletsi khang ea emisa.+
21 Joaloka mashala a patsi bakeng sa leupa le patsi bakeng sa mollo, motho ea ratang likhang o joalo bakeng sa ho etsa hore qabang+ e tlōke.
22 Mantsoe a moetselletsi a joaloka lintho tse lokelang ho metsoa ka meharo, tse theohelang ka likarolong tse ka hare-hare tsa mpa.+
23 Molomo o chesehang hammoho le pelo e mpe li joaloka lereli la silevera le koahetsoeng holim ’a lengeta.+
24 Ka molomo oa hae ea lehloeo oa ikhakanya, empa ka hare ho eena o kenya thetso.+ 25 Le hoja a etsa hore lentsoe la hae le be mosa,+ u se ke ua mo lumela,+ etsoe ho na le lintho tse supileng tse manyala+ ka pelong ea hae. 26 Lehloeo le koaheloa ke thetso. Bobe ba hae bo tla senoloa ka phuthehong.+
27 Ea epang sekoti o tla oela ka ho sona,+ ’me ea phikolosang lejoe—le tla khutlela ho eena.+
28 Leleme la bohata le hloile ea hateletsoeng ke lona,+ ’me molomo o rorisang ho tlōlisa oa liha.+
27 U se ke ua ithorisa ka letsatsi le hlahlamang,+ etsoe ha u tsebe seo letsatsi le tla se hlahisa.+
2 E se eka osele a ka u rorisa, eseng molomo oa hao; e se eka molata a ka etsa joalo, eseng molomo oa hao.+
3 Boima ba lejoe le boima ba lehlabathe+—empa matšoenyeho a leoatla a boima ho feta tsona ka bobeli.+
4 Ho na le sehlōhō sa khalefo, le moroallo oa bohale,+ empa ke mang ea ka emang ka pel’a poulelo?+
5 Khalemelo e senolehileng+ e molemo ho feta lerato le patehileng.
6 Maqeba a bakoang ke moratuoa aa tšepahala,+ empa likako tsa ea lehloeo ke lintho tse lokelang ho kōptjoa ka tieo.+
7 Moea o khotšeng o tla hatakela mahe a linotši a khekheng, empa ho moea o lapileng ntho e ’ngoe le e ’ngoe e babang e monate.+
8 Feela joaloka nonyana e balehang sehlaheng sa eona,+ motho ea balehang sebakeng sa hae o joalo.+
9 Oli le libano+ li thabisa pelo, ka ho tšoanang ho rateha ha motsoalle oa motho ho thabisa pelo ka lebaka la keletso ea moea.+
10 U se ke ua tlohela motsoalle oa hao kapa motsoalle oa ntat’ao, ’me u se ke ua kena ka tlung ea mor’eno letsatsing la koluoa ea hao. Moahelani ea haufi o molemo ho feta mor’abo motho ea hōle.+
11 Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka,+ e le hore nka araba ea ’nyelisang.+
12 Ea masene ea boneng tlokotsi o ipatile;+ ba se nang phihlelo ba fetetseng pele ba fumane kotlo.+
13 Nka seaparo sa motho, haeba a ipehile paneng bakeng sa osele;+ ’me tabeng ea mosali oa molata, u nke tebeletso ho motho eo.+
14 Ea hlohonolofatsang oa habo ka lentsoe le phahameng hoseng haholo, o tla ho balloa e le bomalimabe.+
15 Marulelo a nelang a lelekang motho letsatsing la pula ea melupe le mosali ea ratang likhang baa tšoana.+ 16 Mang kapa mang ea mo sireletsang o sirelelitse moea, ’me letsoho la hae le letona le teana le oli.
17 Tšepe e leotsoa ka tšepe. Ka ho tšoanang motho e mong o leotsa sefahleho sa e mong.+
18 Ea sireletsang sefate sa feiga o tla ja litholoana tsa sona,+ ’me ea lebelang mong’a hae o tla hlomphuoa.+
19 Joalokaha ka metsing sefahleho se bapa le sefahleho, ka ho tšoanang pelo ea motho e bapa le ea e mong.
20 Sheole le sebaka sa timetso+ ha li khotsofale;+ le mahlo a motho ha a khotsofale.+
21 Pitsa ea ho hloekisa ke bakeng sa silevera,+ ’me sebōpi ke bakeng sa khauta;+ ’me motho o kamoo thoriso ea hae e leng kateng.+
22 Esita le haeba u ka tula leoatla ka mokhobo hore le thumisehe ka motulong, ka har’a lijo-thollo tse tutsoeng, booatla ba lona bo ke ke ba tloha ho lona.+
23 U tšoanela ho tseba ponahalo ea mohlape oa hao ka hohle-hohle. Beha pelo ea hao mehlapeng ea hao;+ 24 etsoe letlotlo le ke ke la e-ba teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ leha e le hore mofapa-hlooho o tla ba teng melokong eohle.
25 Joang bo botala bo tlohile, ’me ho hlahile joang bo bocha, ’me limela tsa lithaba li bokeletsoe.+ 26 Lipheleu tse nyenyane ke tsa liaparo tsa hao,+ ’me liphooko ke tefello ea tšimo. 27 Ho na le lebese la lipōli le lekaneng bakeng sa lijo tsa hao, bakeng sa lijo tsa ba ntlo ea hao, le mokhoa+ oa ho iphelisa bakeng sa banana ba hao.
28 Ba khopo baa baleha le hoja ho se ea ba lelekisang,+ empa ba lokileng ba joaloka taoana e sebete.+
2 Ka lebaka la tlōlo ea naha likhosana tsa eona tse hlahlamanang li ngata,+ empa ka motho ea nang le temoho ea nang le tsebo ea se nepahetseng khosana e tla lula halelele.+
3 Monna ea shahlileng ea nang le ho honyenyane le ea etsetsang ba tlaase bolotsana+ o joaloka pula e hoholang e le hore ho se ke ha e-ba le lijo.
4 Ba tlohelang molao ba rorisa ea khopo,+ empa ba bolokang molao baa ba halefela.+
5 Batho ba ineheletseng bobe ba ke ke ba utloisisa kahlolo, empa ba batlang Jehova ba ka utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.+
6 Ea nang le ho honyenyane ea tsamaeang botšepehing ba hae o molemo ho feta mang kapa mang ea khopameng litseleng tsa hae, le hoja a ruile.+
7 Mora ea nang le kutloisiso o boloka molao,+ empa ea bang le setsoalle le menyollo o tlotlolla ntat’ae.+
8 Ea atisang matlotlo a hae ka phaello+ le tsoala o a bokellela ea bontšang mohau ho ba tlaase.+
9 Ea faposang tsebe ea hae hore e se ke ea utloa molao+—esita le thapelo ea hae ke ntho e manyala.+
10 Ea khelosetsang+ ba lokileng tseleng e mpe o tla oela ka sekoting sa hae,+ empa ba se nang molato ba tla rua se molemo.+
11 Motho ea ruileng o ipona bohlale,+ empa ea tlaase ea nang le temoho oa mo phenya.+
12 Ha ba lokileng ba thaba,+ ho ba le botle bo bongata; empa ha ba khopo ba ema, motho oa ikhakanya.+
13 Ea koahelang litlōlo tsa hae a ke ke a atleha,+ empa ea li bolelang ’me a li tlohela o tla bontšoa mohau.+
14 Ho thaba motho ea tšohang kamehla,+ empa ea thatafatsang pelo ea hae o tla oela tlokotsing.+
15 ’Musi ea khopo ea laolang batho ba tlaase o joaloka tau e rorang le bere e futuhang.+
16 Moeta-pele ea hlokang temoho ea ’nete o boetse o tletse litloaelo tsa ho etsa bolotsana,+ empa ea hloileng phaello e sa lokang+ o tla lelefatsa matsatsi a hae.
17 Motho ea imetsoeng ke molato oa mali bakeng sa moea o tla balehela ka sekoting.+ Ba se ke ba mo tšoara.
18 Ea tsamaeang ka mokhoa o se nang molato o tla pholosoa,+ empa ea khopamisitsoeng litseleng tsa hae o tla oa hang-hang.+
19 Ea lemang mobu oa hae o tla ba le bohobe bo lekaneng,+ ’me ea phehellang lintho tsa lefeela o tla ba le bofutsana bo lekaneng.+
20 Motho oa liketso tse tšepahalang o tla fumana litlhohonolofatso tse ngata,+ empa ea potlakelang ho fumana maruo a ke ke a lula a hloka molato.+
21 Ho bontša leeme hase ntho e ntle,+ leha e le hore monna ea shahlileng a etse tlōlo ka lebaka la sengoathoana feela sa bohobe.
22 Motho ea leihlo le mohono o hahamalla lintho tsa bohlokoa,+ empa ha a tsebe hore bohloki bo tla mo oela holimo.
23 Ea khalemelang motho+ ka mor’a moo o tla fumana kamohelo e fetang e tla fumanoa ke ea rorisang ho tlōlisa ka leleme la hae.
24 Ea tlatlapang ntat’ae le ’m ’ae+ le ea reng: “Hase tlōlo,”+ ke molekane oa motho ea bakang tšenyo.
25 Ea moea o ikakasang o tsosa ho hloka kutloano,+ empa ea itšetlehang ka Jehova o tla nontšoa.+
26 Ea tšepang pelo ea hae o hloka kelello,+ empa ea tsamaeang ka bohlale ke eena ea tla phonyoha.+
27 Ea fang ea nang le ho honyenyane a ke ke a hloka,+ empa ea ipatang mahlo o tla fumana bomalimabe bo bongata.+
28 Ha ba khopo ba ema, motho oa ipata;+ empa ha ba timela, ba lokileng baa ngatafala.+
29 Motho ea khalemeloang ka ho pheta-pheta+ empa a thatafatsa+ molala o tla robeha ka tšohanyetso, ’me o ke ke oa fola.+
2 Ha ba lokileng ba ngatafala, batho baa thaba;+ empa ha mang kapa mang ea khopo a busa, batho baa feheloa.+
3 Motho ea ratang bohlale o thabisa ntat’ae,+ empa ea bang le setsoalle le matekatse o senya lintho tsa bohlokoa.+
4 Ka toka morena o etsa hore naha e ’ne e eme,+ empa motho ea batlang tjotjo oa e liha.+
5 Monna ea shahlileng ea rorisang motsoalle oa hae ho tlōlisa+ o alla mehato ea hae letlooa.+
6 Tlōlong ea motho e mobe ho na le leraba,+ empa ea lokileng o hoeletsa ka thabo ’me o nyakaletse.+
7 Ea lokileng o tseba tseko ea molao ea ba tlaase.+ Ea khopo ha a nahane ka tsebo e joalo.+
8 Batho ba puo ea boithoriso ba chesa motse,+ empa ba bohlale ba khutlisa bohale.+
9 Motho ea bohlale ea keneng kahlolong le leoatla—o nyakaletse ’me o boetse o tšehile, ’me ha ho phomolo.+
10 Batho ba nyoretsoeng mali ba hloea mang kapa mang ea sa tšoauoeng phoso;+ ha e le ba lokileng, ba ntse ba batla moea oa e mong le e mong.+
11 Ea hlokang kelello o hlahatsa moea oohle oa hae, empa ea bohlale o o boloka o khutsitse ho fihlela qetellong.+
12 Moo ’musi a elang hloko puo ea bohata, bohle ba mo sebeletsang ba tla ba khopo.+
13 Ea nang le ho honyenyane le motho oa likhatello ba kopane;+ empa Jehova o khantša mahlo a bona ka bobeli.+
14 Moo morena a ahlolang ba tlaase ka ’nete,+ terone ea hae e tla tiisoa ka thata ka ho sa feleng.+
15 Thupa le khalemelo li fana ka bohlale;+ empa moshanyana ea itaolang o tla hlabisa ’m ’ae lihlong.+
16 Ha ba khopo ba ngatafala, tlōlo ea ata; empa ba lokileng ba tla talima ho oa ha bona.+
17 Shapa mora oa hao ’me o tla u tlisetsa phomolo ’me a fe moea oa hao nyakallo e khōlō.+
18 Moo ho se nang pono batho ha ba laolehe,+ empa ho thaba ba bolokang molao.+
19 Mohlanka a ke ke a itlohella hore a khalemeloe ka mantsoe feela,+ etsoe oa utloisisa empa ha a ele hloko.+
20 Na u bone motho ea lepotlapotla mantsoeng a hae?+ Ho na le tšepo bakeng sa ea hlokang kelello ho feta bakeng sa hae.+
21 Haeba motho a bokotsa mohlanka oa hae ho tloha bocheng ho ea pele, bophelong ba hae hamorao o tla fetoha ea se nang teboho.
22 Motho ea ineheletseng bohale o tsosa ho hloka kutloano,+ ’me mang kapa mang ea ratang ho halefa o na le litlōlo tse ngata.+
23 Boikhohomoso ba motho oa lefatše bo tla mo kokobetsa,+ empa ea moea o ikokobelitseng o tla fumana thoriso.+
24 Molekane oa lesholu o hloile moea oa hae.+ A ka ’na a utloa kano e akarelletsang bomalimabe, empa ha a tlalehe letho.+
25 Ho thothometsoa ke batho ho cheha leraba,+ empa ea tšepang Jehova o tla sireletsoa.+
26 Ba batlang sefahleho sa ’musi ba bangata,+ empa kahlolo ea motho e tsoa ho Jehova.+
27 Motho ea hlokang toka ke ntho e manyala ho ba lokileng,+ ’me ea lokileng tseleng ea hae ke ntho e manyala ho ea khopo.+
30 Mantsoe a Agure mora oa Jake, molaetsa o matla.+ Se boleloang ke monna ea shahlileng ho Ithiele, ho Ithiele le Ukale.
2 Etsoe ’na ke ea sa nahaneng ho feta leha e le mang e mong,+ ’me ha ke na kutloisiso ea moloko oa batho;+ 3 ha kea ithuta bohlale;+ ’me ha ke tsebe tsebo ea Ea Halalelang ka ho Fetisisa.+
4 Ke mang ea nyolohetseng leholimong e le hore a ka theoha?+ Ke mang ea bokeletseng moea+ liatleng tse peli? Ke mang ea phuthetseng metsi seaparong sa ka holimo?+ Ke mang ea emisitseng lipheletso tsohle tsa lefatše?+ Lebitso+ la hae ke mang ’me lebitso la mora oa hae ke mang, haeba u tseba?+
5 Polelo e ’ngoe le e ’ngoe ea Molimo e hloekile.+ Ke thebe ho ba tšabelang ho eena.+ 6 U se ke ua eketsa letho mantsoeng a hae,+ e le hore a se ke a u khalemela, le hore u se ke ua pakoa u le leshano.+
7 Ke kōpile lintho tse peli ho uena.+ U se ke ua nkhanela ka tsona pele ke shoa.+ 8 U suthisetse hōle le ’na ho se be le ’nete le lentsoe la leshano.+ U se ke ua mpha bofutsana kapa maruo.+ E-re ke je lijo tseo ke li behetsoeng,+ 9 e le hore ke se ke ka khora eaba kea u latola+ ’me ke re: “Jehova ke mang?”+ le hore ke se ke ka futsaneha eaba kea utsoa ’me ke rohaka lebitso la Molimo oa ka.+
10 U se ke ua etselletsa mohlanka ho mong’a hae,+ e le hore a se ke a u rohaka, le hore u se ke ua nkoa u le molato.+
11 Ho na le moloko o rohakang ntat’a oona le o sa hlohonolofatseng ’m ’a oona.+
12 Ho na le moloko o iponang+ o hloekile empa o sa hlatsuoa mantle a oona.+
13 Ho na le moloko oo mahlo a oona e leng a phahameng hakaakang! le oo mahlo a oona a khanyang a phahameng.+
14 Ho na le moloko oo meno a oona e leng lisabole le oo masapo a oona a mohlahare e leng lithipa tse selakhang,+ ho ja ba hlorileng lefatšeng le ba futsanehileng har’a moloko oa batho.+
15 Likoili li na le barali ba babeli ba hoeletsang: “Fanang! Fanang!” Ho na le lintho tse tharo tse sa khotsofaleng, tse ’nè tse sa kang tsa re: “Ho lekane!” 16 Sheole+ le pōpelo e thibiloeng,+ naha e sa khotsofalang ke metsi,+ le mollo+ o sa kang oa re: “Ho lekane!”+
17 Leihlo le fetolang ntat’a lona litšeho le le nyelisang ho mamela ’m ’a lona+—makhoaba a phula ea molapo o phoroselang a tla le honya ’me malinyane a matona a ntsu a tla le ja.
18 Ho na le lintho tse tharo tse hlollang haholo ho ’na, le tse ’nè tseo ke sa li tsebeng: 19 tsela ea ntsu maholimong, tsela ea noha lefikeng, tsela ea sekepe bohareng ba leoatle+ le tsela ea monna ea shahlileng ho moroetsana.+
20 Tsela ea mosali ea febang ke ena: o jele ’me o itlhakotse molomo eaba o re: “Ha kea etsa phoso.”+
21 Lefatše le tsukutlehile tlas’a lintho tse tharo, ’me ha le khone ho mamella tlas’a tse ’nè: 22 tlas’a lekhoba ha le busa e le morena,+ le motho ea se nang kelello ha a e-na le lijo tse lekaneng;+ 23 tlas’a mosali ea hloiloeng ha a ruuoa joaloka mosali,+ le lekhabunyane ha le leleka mong’a lona oa mosali.+
24 Ho na le lintho tse ’nè tse nyenyane ka ho fetisisa lefatšeng, empa li bohlale ka tlhaho:+ 25 bohloa ke batho ba seng matla,+ leha ho le joalo bo lokisa lijo tsa bona lehlabula;+ 26 lipela+ ke batho ba seng matla, leha ho le joalo li haha matlo a tsona holim ’a lefika;+ 27 litsie+ ha li na morena, leha ho le joalo li tsamaea kaofela li arotsoe ka lihlopha;+ 28 checheiki+ e itšoarella ka matsoho a eona ’me e ka tlung e khōlō ea ’muso ea morena.
29 Ho na le tse tharo tse ipabolang ho tsamaeeng ha tsona, le tse ’nè tse ipabolang motsamaong oa tsona: 30 tau, e matla ka ho fetisisa har’a liphoofolo le e sa khutleng ka pel’a mang kapa mang;+ 31 lekesi kapa phooko, le morena oa sehlopha sa masole a sechaba sa hae.+
32 Haeba u sebelitse ka mokhoa o se nang kelello ka ho iphahamisa,+ ’me haeba u tsepamisitse monahano oa hao ho seo, u behe letsoho molomong.+ 33 Etsoe ho fehla lebese ke hona ho hlahisang sereleli, le ho pepeta nko ke hona ho hlahisang mali, ’me ho pepeta bohale ke hona ho hlahisang ho qabana.+
31 Mantsoe a Morena Lemuele, molaetsa o matla+ oo ’m ’ae a ileng a mo fa oona e le khalemelo:+
2 Seo ke se buang ke’ng, Uena mora oa ka, ’me ke’ng, Uena mora oa mpa ea ka,+ ’me ke’ng, Uena mora oa boitlamo ba ka?+
3 U se ke ua fa basali mafolofolo a hao,+ kapa ua fana ka litsela tsa hao ho se isang ho felisoeng ha marena.+
4 Ha hoa lokela marena, Uena Lemuele, ha hoa lokela marena hore a noe veine kapa hore balaoli ba phahameng ba re: “Joala bo tahang bo hokae?”+ 5 e le hore motho a se ke a noa ’me a lebala se laetsoeng le ho khopamisa nyeoe ea bara leha e le bafe ba mahloreho.+ 6 Fanang ka joala bo tahang ho ea haufi le ho timela+ le veine ho bao moea oa bona o utloileng bohloko.+ 7 Motho a ke a noe ’me a lebale bofutsana ba hae, ’me motho a se ke a hlola a hopola khathatso ea hae.
8 Ahlamisa molomo oa hao bakeng sa ea sa khoneng ho bua,+ molemong oa bohle ba shoang.+ 9 Ahlamisa molomo oa hao, u ahlole ka ho loka ’me u buelle nyeoe ea ea hlorileng le ea futsanehileng.+
א [ʼAleph]
10 Ke mang ea ka fumanang mosali ea nang le bokhoni?+ Bohlokoa ba hae bo feta ba likorale hōle.
ב [Behth]
11 Pelo ea mong’a hae e mo tšepile, ’me ha ho leruo le haellang.+
ג [Gimel]
12 O putsitse mong’a hae ka se molemo, eseng se sebe, ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae.+
ד [Daleth]
13 O batlile boea le line, ’me o sebetsa ka eng kapa eng eo matsoho a hae a e thabelang.+
ה [Heʼ]
14 O tšoana le likepe tsa mohoebi.+ O tlisa bohobe ba hae ho tsoa hōle.
ו [Waw]
15 O boetse o tsoha e sa ntse e le bosiu,+ ’me o fa ba ntlo ea hae lijo le baroetsana ba hae o ba fa karolo e laetsoeng.+
ז [Zayin]
16 O talimile tšimo ’me a e reka;+ o lemme serapa sa morara ka litholoana tsa matsoho a hae.+
ח [Chehth]
17 O itlamile letheka ka matla, ’me o matlafatsa matsoho a hae.+
ט [Tehth]
18 O lemohile hore khoebo ea hae e ntle; lebone la hae ha le time bosiu.+
י [Yohdh]
19 O otlolletse matsoho toloking, ’me matsoho a hae a tšoara thupa e ohlang.+
כ [Kaph]
20 O otlolletse seatla ho ea hlorileng, ’me o otlolletse matsoho ho ea futsanehileng.+
ל [Lamedh]
21 Ha a tšoenyehe ka ba ntlo ea hae ka lebaka la lehloa, etsoe ba ntlo ea hae kaofela ba apere liaparo tse morumo.+
מ [Mem]
22 O iketselitse masela a koahelang moalo.+ Liaparo tsa hae ke tsa line le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu.+
נ [Nun]
23 Mong’a hae+ ke motho ea tsebahalang lihekeng,+ ha a lula fatše le banna ba baholo ba naha.
ס [Samekh]
24 O entse esita le liaparo tsa ka tlaase+ eaba oa li rekisa, ’me o file bo-rakhoebo mabanta.
ע [ʽAyin]
25 Matla le bokhabane ke liaparo tsa hae,+ ’me o tšeha letsatsi la ka moso.+
פ [Peʼ]
26 O ahlamisitse molomo oa hae ka bohlale,+ ’me molao oa mosa o lerato o lelemeng la hae.+
צ [Tsadheh]
27 O lebela se etsahalang ho ba ntlo ea hae, ’me ha a je bohobe ba botsoa.+
פ [Qohph]
28 Bara ba hae ba tsohile eaba ba phatlalatsa hore o thabile;+ mong’a hae oa tsoha, ’me oa mo rorisa.+
ר [Rehsh]
29 Ho na le barali+ ba bangata ba bonahalitseng bokhoni, empa uena—u ba phahametse kaofela.+
ש [Shin]
30 Khahleho e ka ’na ea thetsa,+ ’me botle e ka ’na ea e-ba lefeela;+ empa mosali ea tšabang Jehova ke eena ea iphumanelang thoriso.+
ת [Taw]
31 Mo feng litholoana tsa matsoho a hae,+ ’me mesebetsi ea hae e ke e mo rorise esita le lihekeng.+