Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt Sofonia 1:1-3:20
  • Sofonia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sofonia
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Sofonia

SOFONIA

1 Sofonia* e ne e le mora oa Kushi, Kushi ea tsoaloang ke Gedalia, Gedalia ea tsoaloang ke Amaria, Amaria ea tsoaloang ke Ezekiase. Mehleng ea ha Josiase+ mora oa Amone+ a ne a busa Juda, Jehova o ile a bua le Sofonia a re:

 2 “Ke tla felisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe lefatšeng,” ke Jehova ea chong.+

 3 Hape Jehova o re: “Ke tla felisa motho le phoofolo.

Ke felise linonyana le litlhapi,+

Ke tla felisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e khelosang*+

Hammoho le batho ba khopo, ke felise batho bohle holim’a lefatše.

 4 Ke tla otla Juda

Ke be ke otle baahi ba Jerusalema,

Ke fiele mesaletsa ea Baale sebakeng sena,+

Hammoho le baprista ba melimo esele le baprista ba bohata,+

 5 Ke felise bohle ba khumamelang lintho tsohle tse maholimong* ba le ka holim’a matlo a bona+

Le ba khumamelang Jehova ba ikana hore ba tla mo tšepahalla+

Empa ba boetse ba ikana hore ba tla tšepahalla Malkame+

 6 Le ba emisang ho latela Jehova+

Le ba sa kang ba batla keletso ho Jehova hore a ba tataise.”+

 7 Lulang le khutsitse ka pel’a Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle hobane letsatsi la Jehova le haufi,+

Ho na le sehlabelo seo Jehova a tla se etsa ho halaletsa batho bao a ba memmeng.

 8 “ ’Na Jehova, ke tla otla likhosana

Le bara ba morena+ le bohle ba aparang joaloka balichaba letsatsing leo ke etsang sehlabelo sa ka ka lona.

 9 Ke tla otla bohle ba atamelang terone* letsatsing leo,

Ba tletseng likhoka ba bile ba le bolotsana.”

10 Jehova o re: “Letsatsing leo,

Batho ba tla bokolla ba le Keiting ea Litlhapi,+

Ba bokolle ba le Seterekeng se Secha,+

Ho be le lerata maralleng.

11 Bokollang lona baahi ba Makteshe*

Hobane bo-rakhoebo* bohle ba timelitsoe,*

Bohle ba bekhang silevera ba felisitsoe.

12 Nakong eo, ke tla hlahloba Jerusalema ke e khantšitse ka mabone,

Ke otle bohle ba khotsofaletseng tsela eo ba phelang* ka eona ba ntse ba re ka lipelong tsa bona:

‘Jehova a ke ke a etsa letho, a ke ke a etsa ntho e mpe kapa e molemo.’+

13 Ba tla nkeloa maruo, matlo a bona a senngoe.+

Ba tla haha matlo empa ba ke ke ba lula ho ’ona,

Ba tla lema masimo a morara empa ba ke ke ba noa veine ea ’ona.+

14 Letsatsi le leholo la Jehova le haufi,+

Le haufi ’me le potlakile haholo.+

Letsatsi la Jehova ke letsatsi le tšosang haholo+

Esita le bahlabani ba tla bokolla.+

15 Letsatsi leo e tla ba la khalefo,+

Letsatsi la mahlomola le tlokotsi,+

Letsatsi la sefefo le tšenyeho,

Letsatsi la lefifi le leholo,+

Letsatsi la maru le lefifi le letšo-letšo,+

16 E tla ba letsatsi la ho letsa lenaka le la mohoo oa ntoa,+

E tla ba letsatsi la ho hlasela metse e sirelelitsoeng hammoho le litora tse phahameng.+

17 Ke tla bakela batho mahlomola,

Ba tla tsamaea joaloka batho ba foufetseng+

Hobane ba sitetsoe Jehova.+

Mali a bona a tla tšolloa joaloka lehlabathe

Le mala a bona a tsoe joaloka bolokoe.+

18 Letsatsing la khalefo ea Jehova, silevera kapa khauta ea bona e ke ke ea khona ho ba lopolla.+

Bohale ba ka bo tšoanang le mollo bo tla chesa lefatše lohle,+

E tla ba letsatsi le bohloko hobane o tla bolaea baahi bohle ba lefatše.”+

2 Bokanang, le khobokane+

Lona sechaba se sa soabeleng liketso tsa sona.+

 2 Pele ho fanoa ka molao,

Pele letsatsi leo le feta kapele joaloka litlhaka tse fefoloang ke moea,

Pele Jehova a le tukela ka bohale,+

 3 Tloong ho Jehova+ lona bohle ba bonolo,*

Ba mametseng melao ea hae e lokileng.

Sebeletsang ho etsa lintho tse lokileng le hore le ikokobetse.*

Mohlomong le ka pholoha letsatsing leo Jehova a halefileng ka lona.+

 4 Motse oa Gaza e tla ba lithako,

Ashkelone e hloke baahi.+

Sera se tla leleka baahi ba Ashdode har’a motšehare,

Ekrone e felisoe ka ho feletseng.+

 5 Lona ba ahileng pel’a leoatle le malimabe, lona sechaba sa Bakerethe,+

Jehova o le khalemetse.

Uena Kanana, naha ea Bafilista, le uena ke tla u felisa

Hore u se hlole u e-ba le baahi.

 6 Sebaka se haufi le leoatle se tla fetoha makhulo

A nang le liliba bakeng sa balisa le masaka a majoe bakeng sa linku.

 7 E tla ba sebaka sa batho ba setseng ba ntlo ea Juda,+

Mehlape ea bona e tla fulela moo.

Mantsiboea e tla robala e phutholohile ka tlung ea Ashkelone

Hobane Jehova Molimo oa bona o tla e hlokomela,

A khutlise batšoaruoa.+

 8 Ke utloile litlhapa tsa Amone+ le nyefolo ea Moabe,+

Ka utloa ha ba hlapaola sechaba sa ka, ba ithorisetsa ho inkela naha ea sona.+

 9 Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: “Ke le tiisetsa ka ’na Molimo ea phelang,

Moabe e tla tšoana le Sodoma,+

Amone e tšoane le Gomora,+

E be lehoatata le nang le bobatsi le sekoti sa letsoai.+

Batho ba ka ba setseng ba tla ba tlatlapa

’Me ba ba nkele naha.

10 Ba tla hlaheloa ke lintho tsena hobane ba ikhohomosa,+

Ba rohaka batho ba Jehova oa mabotho ba bile ba ithorisetsa bona.

11 Ba tla utloa ba tšaba Jehova

Hobane o tla felisa* melimo eohle lefatšeng,

Lichaba tse lulang lihlekehlekeng li tla mo inamela*+

Hohle moo li leng teng.

12 Le lona Baethiopia le tla bolaoa ka sabole ea ka.+

13 O tla phahamisetsa letsoho ka leboea a felise Asiria,

A etse hore Ninive e hloke baahi,+ e be lehoatata.

14 Mehlape e tla botha moo hammoho le liphoofolo tsohle tse hlaha.

Linoko le matata li tla hlola bosiu lipakeng tsa lipilara tsa eona tse oeleng.

Ho tla utloahala mololi oa linonyana* fensetereng.

Ho tla ba le qubu ea lithole monyako

Hobane mapolanka a kedare a tla tloheloa hore a otloe ke mecheso le lipula.

15 Ona ke motse o neng o ikotla sefuba, o lula o sireletsehile

Ebe o re: ‘Ke ’na ke ’na, ha ho ea tšoanang le ’na.’

Hona joale e se e le ntho e makatsang,

Ke sebaka seo liphoofolo tse hlaha li bothang ho sona.

Batho ba fetang ka tsela ba letsa mololi ebile ba opa liatla.”+

3 Ho malimabe motse* oa marabele, o litšila o bileng o hatellang baahi ba oona.+

 2 Baahi ba motse oo ha ba mamele,+ ba hana ho khalemeloa.+

Ha ba tšepe Jehova+ ebile ba suthetse hole le Molimo oa bona.+

 3 Likhosana tsa oona li joaloka litau tse purumang.+

Baahloli ba oona ekare liphiri tse tsomang bosiu

E re bosiu bo e-sa li be li jele li qetile.

 4 Baprofeta ba teng ke balotsana ba ikakasang.+

Baprista ba teng bona ba silafatsa ntho e halalelang,+

Ba tlola molao.+

 5 Jehova o lula motseng oo empa o lokile,+ ha a etse letho le fosahetseng.

Joalokaha letsatsi le chaba hoseng ho hong le ho hong,

O lula a tsebisa batho ba motse oo melao ea hae hoseng ho hong le ho hong.+

Motho ea sa lokang ha a hlajoe ke lihlong.+

 6 Ke ile ka felisa lichaba, ka heletsa litora tsa tsona.

Ka senya literata tsa tsona e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea fetang moo.

Metse ea sona ka e siea e se na letho, ea sala e se na baahi.+

 7 Ke ile ka re ho baahi ba motse oo: ‘Le tla ntlhompha le be le mamele ha ke le khalemela,’+

E le hore ke se ke ka ba otlela liphoso tsa bona

Le hore motse oa bona* o se ke oa felisoa.+

Empa ba ne ba potlakela ho etsa liphoso.+

 8 Jehova o re: “Lulang le ntebeletse,+

Le nkemele ho fihlela letsatsing leo ke tla hlasela batho ke nke thepa ea bona*

Hobane ke tla ahlola lichaba ka hore ke li bokelle, ke bokelle le mebuso

Ebe ke ba tukela ka bohale.+

Bohale ba ka bo tšoanang le mollo bo tla chesa lefatše lohle.+

 9 Ka nako eo ke tla etsa hore batho ba bue puo e hloekileng

E le hore ba rorise lebitso la ka e leng Jehova,

Ba ntšebeletse mahetla a bapile.*+

10 Batho ba ka ba hasantsoeng hohle, ba ntšebeletsang ba tla ntlisetsa mpho,+

Ba e tlise ba hlaha haufi le linoka tsa Ethiopia.

11 Letsatsing leo, u* ke ke oa hlola u hlajoa ke lihlong

Ka lebaka la liphoso tseo u nketselitseng tsona+

Hobane ka nako eo ke tla tlosa batho ba ikhohomosang ho uena

’Me u ke ke oa hlola u ikhohomosa thabeng ea ka e halalelang.+

12 Ke tla siea ba ikokobetsang feela,+

Ba tla tšabela ho Jehova.

13 Baiseraele ba setseng+ ba ke ke ba etsa lintho tse fosahetseng,+

Ba ke ke ba bua leshano kapa ba thetsa batho.

Ba tla ja, ba robale* ’me ha ho na motho ea tla ba tšosa.”+

14 Hoeletsa u thabile uena morali oa Sione.

Hlaba litlatse uena Iseraele.+

U thabe ka pelo eohle uena morali oa Jerusalema, u nyakalle.+

15 Jehova o hlakotse kahlolo ea hao.+

O tebetse sera sa hao.+

Jehova Morena oa Iseraele o na le uena.+

U se ke oa hlola u tšoha hore u tla hlaheloa ke tlokotsi.+

16 Letsatsing leo ho tla thoe ho Jerusalema:

“Uena Sione, u se ke oa tšoha.+

U se ke oa khathala matla.*

17 Jehova Molimo oa hao o na le uena.+

O tla u pholosa hobane o matla ’ohle.

O tla u thabela haholo,+

A khotsofalle ho u rata,

O tla u binela hobane a u thabetse.

18 Ke tla bokanya batho ba utloileng bohloko hobane ba ne ba le sieo meketeng ea hao,+

Ba ne ba le sieo hobane ba hapuoe.+

19 Ka nako eo, ke tla sebetsana le batho ba u hlorisang,+

Ke thuse ba hlotsang+

Ebe ke phutha ba qhalakantsoeng.+

Ke tla etsa hore ba tsebahale ba be ba rorisoe

Naheng e ’ngoe le e ’ngoe eo ba ileng ba tlotlolloa ho eona.

20 Ka nako eo, ke tla le khutlisetsa hae,

Ke le bokelle.

Ke tla etsa hore batho bohle ba le tsebe, ba le rorise+ nakong eo ke lokollang batho ba habo lona.

Le tla hle le ho bone,” ke Jehova ea chong.+

E bolelang “Jehova o bolokile.”

Ho bonahala e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le borapeli ba litšoantšo.

Ka Seheberu: “makhotla a leholimo.” E leng letsatsi, khoeli le linaleli.

Kapa: “sefalana.” Mohlomong setupu sa terone ea morena.

Sebaka se Jerusalema se haufi le Keiti ea Litlhapi.

Kapa: “bo-rakhoebo ba tsamaeang.”

Ka Seheberu: “ba koetsoe melomo.”

Ka Seheberu: “litšifa tse qitileng.”

Kapa: “ba ikokobelitseng.”

Kapa: “hore le be bonolo.”

Kapa: “fokolisa.”

Kapa: “rapela.”

Kapa: “moea o fokang.” Ka Seheberu: “phoofolo e hlaha.”

E leng Jerusalema.

Ka Seheberu: “sebaka seo a lulang ho sona.” E leng Jerusalema.

Kapa mohlomong: “ho fihlela letsatsi leo ke bang paki ka lona.”

Kapa: “ba ntšebeletse ’moho.”

E leng Jerusalema.

Kapa: “ba bothe joaloka linku.”

Kapa: “Matsoho a hao a se ke a tepella.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela