Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
November
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labobeli, la 14 November

Bonang! Kamoo ho leng hotle le kamoo ho khahlisang kateng ha bara ba motho ba lula hammoho bonngoeng!—Pes. 133:1.

Ka tloaelo re thabela lijo, puo, tikoloho le meetlo ea moo re hōletseng teng. Empa na re nka hore lintho tseo re li ratang li molemo ho feta tseo ba bang ba li ratang? Jehova o batla hore re thabele lintho tse sa tšoaneng tseo a li bōpileng. (Pes. 104:24; Tšen. 4:11) Kahoo, ke hobane’ng ha re ka tsitlella hore tsela e itseng ke eona feela e molemo ea ho etsa lintho? Jehova o batla hore batho ba mefuta eohle ba ithute ka eena, ba mo rapele ’me ba phele ka ho sa feleng. (Joh. 3:16; 1 Tim. 2:3, 4) Kahoo, ha barab’abo rōna ba e-na le maikutlo a sa tšoaneng le a rōna, re lokela ho ikemisetsa ho ba mamela, hafeela maikutlo a bona a amoheleha ho Jehova. Ha re etsa joalo, re tla thabela bophelo ’me re tla tsoela pele re momahane le bara le barali babo rōna. Joalokaha re bone, kaha re tšepahalla Jehova le ’Muso oa hae, ha re kenelle liqhoebeshanong tsa lefatše lena. Re hloile boikhantšo le tlhōlisano tse lefatšeng la Satane. Ruri rea leboha hore ebe Jehova o re rutile ho rata khotso le hore re ikokobetse! w15 7/15 3:17, 18

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | September

BEKE EA LA 13-19 NOVEMBER, 2017

23 “Lentsoe la Molimo . . . le Fana ka Matla”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela