Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
November
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Laboraro, la 22 November

Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.—Jak. 4:8.

Ho thuisa ka Jehova le Jesu ho tla u thusa hore u lule u chesehela ’nete. Ha u cheseha, u tla khothatsa balumeli-’moho le uena, esita le batho bao u kopanang le bona tšimong. Ha u thuisa ka seo Jehova a u etselitseng sona ka sehlabelo sa Jesu sa thekollo, u tla tsoela pele ho ananela kamano eo u nang le eona le Molimo. (Bar. 3:24) Mor’abo rōna e mong oa Afrika Boroa ea bitsoang Mark, ea qetileng lilemo tse tharo a le teronkong ka lebaka la tumelo ea hae o re: “Re ka bapisa ho thuisa le ho ea sebakeng se khathollang. Ha re ntse re thuisa ka lintho tsa moea, re ithuta lintho tse ling tse ncha ka Jehova, Molimo oa rōna. Ka linako tse ling ha ke ikutloa ke nyahame kapa ke tšoenyehile ka se tla etsahala, ke bala Bibele ebe ke thuisa ka seo ke se balang. Seo se etsa hore ke ikutloe ke imolohile.” w15 10/15 4:15

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | September

BEKE EA LA 20-26 NOVEMBER, 2017

28 “E-ba Sebete . . . ’me u Nke Bohato”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela