Labone, la 16 November
Ea sa feleng pelo o molemo.—Moek. 7:8.
Lefatšeng le lecha, ho ka ’na ha hlokahala hore re be le mamello. Ka mohlala, re ka ’na ra utloa hore batho ba bang ba thabile kaha metsoalle le beng ka bona ba tsositsoe bafung. Empa joale rōna re ka ’na ra lokela ho letela hore baratuoa ba rōna ba tsosoe. Haeba seo se etsahala, na re tla thaba le ba bang ’me re bontše mamello? (Bar. 12:15) Haeba hona joale re ithuta ho letela Jehova ka mamello hore a phethahatse litšepiso tsa hae, seo se tla re thusa hore re be le mamello nakong e tlang. Re ka boetse ra itokiselletsa ho phela lefatšeng le lecha ka hore re bontše mamello ha ho etsoa liphetoho tseleng eo re utloisisang linnete tsa Bibele ka eona. Na re bontša mamello haeba re sa utloisise ka ho feletseng tlhaloso e ncha eo re e balang? Ha re etsa joalo, seo se tla re nolofalletsa hore re be le mamello lefatšeng le lecha nako le nako ha Jehova a re fa litaelo tse ncha.—Liprov. 4:18; Joh. 16:12. w15 8/15 3:9, 10