Labobeli, la 12 May
Ba khelosa batho ka ho ba buela lipuo tse monate le ka ho ba rorisa empa ha e le hantle ba ba phoqa.—Bar. 16:18.
Lula u momahane le batho ba tšepahallang Jehova. Molimo o batla hore re mo sebeletse re momahane. Re tla lula re momahane haeba re tšoarella ’neteng. Mang kapa mang ea jalang litaba tseo e seng ’nete o baka likarohano ka phuthehong, ke kahoo Molimo a re lemosang hore ‘re mo qobe.’ Ho seng joalo, re ka qala ho kholoa lintho tseo e seng linnete ’me ra khaotsa ho tšepahalla Jehova. (Bar. 16:17) Haeba re hlokomela ’nete ’me re itšoarella ka eona, re tla lula re le haufi le Jehova hape tumelo ea rona e tla lula e le matla. (Baef. 4:15, 16) Re ke ke ra khelosoa ke Satane ka lithuto tsa hae tsa leshano ’me re tla lula re sireletsehile tlas’a tlhokomelo ea Jehova nakong ea mahlomola a maholo. Lula u tšoarelletse ’neteng, ’me ‘Molimo oa khotso o tla ba le uena.’—Bafil. 4:8, 9. w24.07 13 ¶16-17
LA 11-17 MAY
ESAIA 60-61
Pina ea 146 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. “Tsoha, Uena Mosali, Khantša Leseli”
(10 mets.)
Mosali eo ho buuoang ka eena ho Esaia 60:1 o tšoantšetsa Jerusalema ea boholo-holo (Esa 60:1, 2, nal.; w24.07 30 ¶1-2)
Boprofeta ba ho tsosolosa bo ho Esaia khaolo ea 60, ha boa phethahala ho Jerusalema feela (w24.07 30 ¶3-4)
Boprofeta bona bo phethahala haholoanyane ho “Jerusalema e leholimong” (Gal 4:26; w24.07 30 ¶5–31 ¶2)
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 61:1—Jesu o ile a phethahatsa boprofeta boo joang? (Lu 4:18-21; w19.12 11 ¶10-11)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 61:1-9 (th khaolo ea 11)
4. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Ruta motho eo u ntseng u qoqa le eena hore na lebitso la Molimo ke mang. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 3)
5. Khutlela ho Batho
(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Nakong e fetileng, motho eo u neng u qoqa le eena o itse o sa tsoa hlokahalloa ke motho eo a mo ratang. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 4)
6. Ha u Etsa Barutuoa
Pina ea 156
7. Litlhoko Tsa Phutheho
(15 mets.)
8. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 84-85