Laboraro, la 13 May
Kreste eena o ile a nyehela sehlabelo se le seng e le hore a ka re lopolla sebeng ka ho sa feleng.—Baheb. 10:12.
Ka ho khetheha, Jesu o ne a thusa batho ba neng ba ikutloa ba le molato ka lebaka la libe tsa bona ’me o ile a ba mema hore e be balateli ba hae. O ne a tseba hore sebe ke mohloli o ka sehloohong oa mathata ’ohle a batho. Ke kahoo a neng a thusa banna le basali bao ho neng ho tsebahala hore ke baetsalibe. O ile a etsa papiso ena: “Batho ba phetseng hantle ha ba hloke ngaka empa ba kulang baa e hloka.” Eaba o re: “Ke tletse ho bitsa baetsalibe eseng batho ba lokileng.” (Mat. 9:12, 13) Jesu o ile a fela a etsa joalo. O ile a ba mosa ho mosali oa moetsalibe ea neng a mo hlatsoa maoto ka meokho ea hae ’me a mo tšoarela libe. (Luka 7:37-50) Ha Jesu a kopana le mosali oa Mosamaria selibeng, o ile a mo ruta lithuto tsa bohlokoa le hoja a ne a tseba hore o lula le monna eo e seng oa hae. (Joh. 4:7, 17-19, 25, 26) Molimo o ile a ba a fa Jesu matla a ho felisa e ’ngoe ea litla-morao tse bohloko ka ho fetisisa tsa sebe e leng lefu. Re tseba seo joang? Jesu o ile a tsosa banna, basali le bana bafung.—Mat. 11:5. w24.08 4 ¶9-10
LA 11-17 MAY
ESAIA 60-61
Pina ea 146 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. “Tsoha, Uena Mosali, Khantša Leseli”
(10 mets.)
Mosali eo ho buuoang ka eena ho Esaia 60:1 o tšoantšetsa Jerusalema ea boholo-holo (Esa 60:1, 2, nal.; w24.07 30 ¶1-2)
Boprofeta ba ho tsosolosa bo ho Esaia khaolo ea 60, ha boa phethahala ho Jerusalema feela (w24.07 30 ¶3-4)
Boprofeta bona bo phethahala haholoanyane ho “Jerusalema e leholimong” (Gal 4:26; w24.07 30 ¶5–31 ¶2)
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 61:1—Jesu o ile a phethahatsa boprofeta boo joang? (Lu 4:18-21; w19.12 11 ¶10-11)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 61:1-9 (th khaolo ea 11)
4. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Ruta motho eo u ntseng u qoqa le eena hore na lebitso la Molimo ke mang. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 3)
5. Khutlela ho Batho
(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Nakong e fetileng, motho eo u neng u qoqa le eena o itse o sa tsoa hlokahalloa ke motho eo a mo ratang. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 4)
6. Ha u Etsa Barutuoa
Pina ea 156
7. Litlhoko Tsa Phutheho
(15 mets.)
8. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 84-85