Labone, la 14 May
O tla ahlola ba lulang lefatšeng ka toka, a ahlole le lichaba ka botšepehi.—Pes. 96:13.
Jehova o tla halaletsa lebitso la hae joang haufinyane? Ka ho tlisa toka. Haufinyane o tla ahlola bolumeli ba bohata hobane bo entse lintho tse mpe le ho ruta batho mashano ka eena. (Tšen. 17:5, 16; 19:1, 2) Ha bolumeli ba bohata bo se bo felisitsoe, batho ba bang ba ka ’na ba khetha ho ba barapeli ba Jehova. Qetellong ka ntoa ea Armagedone, Jehova o tla felisa Satane le lefatše la hae, a felise bohle ba mo hanyetsang, ba mo hloileng le ba buang leshano ka eena. Empa o tla pholosa bohle ba mo ratang, ba mo mamelang le ba motlotlo ho mo rorisa. (Mar. 8:38; 2 Bathes. 1:6-10) Ka mor’a teko ea ho qetela e tlang ho ba ka mor’a Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete, Jehova o tla be a halalelitse lebitso la hae ka ho feletseng. (Tšen. 20:7-10) Ka nako eo, “batho bohle ba tla tseba matla a Jehova. Tsebo eo e tla ba ngata joalokaha metsi a koahetse leoatle.” (Hab. 2:14) Re tla thaba haholo ha batho bohle lefatšeng ba se ba rorisa Jehova ka tsela e mo tšoanelang. w25.01 7 ¶15-16
LA 11-17 MAY
ESAIA 60-61
Pina ea 146 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. “Tsoha, Uena Mosali, Khantša Leseli”
(10 mets.)
Mosali eo ho buuoang ka eena ho Esaia 60:1 o tšoantšetsa Jerusalema ea boholo-holo (Esa 60:1, 2, nal.; w24.07 30 ¶1-2)
Boprofeta ba ho tsosolosa bo ho Esaia khaolo ea 60, ha boa phethahala ho Jerusalema feela (w24.07 30 ¶3-4)
Boprofeta bona bo phethahala haholoanyane ho “Jerusalema e leholimong” (Gal 4:26; w24.07 30 ¶5–31 ¶2)
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 61:1—Jesu o ile a phethahatsa boprofeta boo joang? (Lu 4:18-21; w19.12 11 ¶10-11)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 61:1-9 (th khaolo ea 11)
4. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Ruta motho eo u ntseng u qoqa le eena hore na lebitso la Molimo ke mang. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 3)
5. Khutlela ho Batho
(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Nakong e fetileng, motho eo u neng u qoqa le eena o itse o sa tsoa hlokahalloa ke motho eo a mo ratang. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 4)
6. Ha u Etsa Barutuoa
Pina ea 156
7. Litlhoko Tsa Phutheho
(15 mets.)
8. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 84-85