Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
May
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Labone, la 7 May

Ho hlakile hore ha le mpatle hobane le bone mehlolo eo ke e entseng empa le mpatla hobane le jele mahobe la khora.—Joh. 6:26.

Batho bao Jesu a ileng a ba fepa ba ne ba ipatlela lijo feela. Re tseba sena hobane letsatsi le latelang ha ba hlokomela hore Jesu le baapostola ba hae ha ba eo, ba ile ba kena likepeng tse tsoang Tiberiase ’me ba mo latela ba ea Kapernauma. (Joh. 6:​22-24) Ba ne ba sa mo latele hobane ba batla ho utloa haholoanyane ka ’Muso oa Molimo empa ntho e kholo eo ba neng ba e batla ke lijo. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Hlokomela se ileng sa etsahala ha ba kopana le Jesu haufi le Kapernauma. Jesu o ile a ba toba a re ba tletse lijo feela. O ile a re ‘ba jele mahobe ba khora’ le hoja lijo tseo e le “lijo tse senyehang.” O ile a ba khothaletsa hore ba sebeletse “lijo tse sa senyeheng tse tlisang bophelo bo sa feleng.” (Joh. 6:​26, 27) Jesu o ile a re ke Ntate oa hae ea tla fana ka lijo tseo. w24.12 5 ¶8-9

La 4-10 May
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tsebeletso—2026 | May

LA 4-10 MAY

ESAIA 58-59

Pina ea 21 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. U ka Etsa’ng Hore Jehova a u Hlohonolofatse?

(10 mets.)

E-ba motho ea amohelang baeti le ea fanang (Esa 58:​7-9)

Etsa hore ho sebeletsa Jehova e be eona ntho e tlang pele bophelong ba hao (Esa 58:​13, 14; w06 6/15 22 ¶9)

Kholiseha hore Jehova o tla u hlokomela (Esa 59:1; w13 1/15 13 ¶5-6)


IPOTSE: ‘Ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a hlohonolofatsa Baiseraele, hona ke ithuta’ng ho se ba etsahalletseng?’ (Esa 58:​1-5; it-E “Ho Itima Lijo” ¶3-mwbr)

’Mè o lutse fatše le barali ba hae ntlong ea bona e seng majaba-jaba ’me ba thabela ho bala buka ea “Ithute ho Mosuoe e Moholo.”

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Esa 59:11—Esaia o ne a bolela’ng ha a re Baiseraele ba ne ba “rora joaloka libere”? (it-E “Bere” ¶6-mwbr)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Esa 59:​1-12 (th khaolo ea 10)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Qala moqoqo u sebelisa pampitšana. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 5)

5. Ha u Qala Moqoqo

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Buisana le motho ka molaetsa o hlahang ho lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 4)

6. Puo

(5 mets.) lmd lintlha tsa A ntlha ea 16—Sehlooho: Re Lokela ho Lula re Rapela. (th khaolo ea 8)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 100

7. “Itloaetseng ho Amohela Baeti”

(15 mets.) Puisano.

Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste hore ba ‘itloaetse ho amohela baeti.’ (Bar 12:13) Haeba re itloaetsa ho amohela baeti re tla ba batho ba thabileng.—Pr 11:25.

Setšoantšo se hlahang videong ea “E-ba Motsoalle oa Jehova​—E-ba le Kamohelo ea Baeti.” Kalebe le ba lelapa labo ba bontša kamohelo ea baeti ho lelapa leo ba sa tsoa kopana le lona Holong ea ’Muso.

Shebellang VIDEO ea E-ba Motsoalle oa Jehova—E-ba le Kamohelo ea Baeti ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:

  • Ho latela video ee, ho amohela baeti ho bolela’ng?

  • Ke melemo efe eo u e fumanang ha u amohela baeti?

Jehova o re behela mohlala o motle oa ho fana. (Lik 14:17) Bala Deuteronoma 10:​17, 18 ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:

  • Jehova o bontša joang hore u amohela baeti ebile oa fana?

  • Ke melemo efe eo re e fumanang ha re bontša kamohelo ea baeti ho batho bao re sa ba tloaelang?

  • Ke batho bafe ka Bibeleng ba ileng ba bontša kamohelo ea baeti, hona u ithuta’ng mohlaleng oa bona?

  • U ka rata ho bontša kamohelo ea baeti ho mang, hona ke’ng seo u batlang ho mo etsetsa sona?

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 82-83

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 42 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2026 | March

Sehlooho se Ithutoang ka la 4-10 May, 2026

2 Ntlafatsa ‘Tsebo ea Hao ea ho Ruta Hantle’ Mosebetsing oa Boboleli

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela