Litlhaloso Tsa Mantsoe a Bibele
A B D E F G H I J K L M N O P Q R S T U Z
A
Ab.
Ke lebitso la khoeli ea bohlano k’halendareng ea bolumeli ea Sejuda ebile ke khoeli ea bo11 k’halendareng ea temo. Bajuda ba ne ba e sebelisa ha ba qeta ho tsoa botlamuoeng Babilona. E qala bohareng ba July ebe e fela bohareng ba August. Ha e bitsoe ka lebitso ka Bibeleng empa ha ho buuoa ka eona ho thoe feela “khoeli ea bohlano.” (Nu 33:38; Esd 7:9)—Sheba Ntlha ea B15.
Abibe.
Ke lebitso la khoeli ea pele k’halendareng ea bolumeli ea Sejuda ebile ke khoeli ea bosupa k’halendareng ea temo. Khoeli ena e bolela “Liqoapi Tse Tala (Tsa Lijo-thollo),” e qala bohareng ba March ebe e fela bohareng ba April. Ha Bajuda ba qeta ho khutla Babilona, khoeli eo e ile ea bitsoa Nisane. (De 16:1)—Sheba Ntlha ea B15.
Adare.
Ke khoeli ea bo12 k’halendareng ea bolumeli ea Sejuda ebile ke khoeli ea botšelela k’halendareng ea temo. Bajuda ba ne ba sebelisa k’halendara ena ha ba qeta ho tsoa botlamuoeng Babilona. E ne e qala bohareng ba February e fela bohareng ba March. (Est 3:7)—Sheba Ntlha ea B15.
Akaia.
Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, Akaia ke profinse ea Roma e ka boroa ho Greece eo motse-moholo oa eona e leng Korinthe. Akaia e ne e nkella sehlekehleke sohle sa Peloponnese le karolo e bohareng ea Greece. (Lik 18:12)—Sheba Ntlha ea B13.
Alabastera.
Ke lebitso la libotlolo tse nyenyane tse neng li tšela lioli tse nkhang hamonate. Libotlolo tsena li ne li entsoe ka lejoe le fumanehang haufi le motse oa Alabastron o Egepeta. Li ne li e-na le melala e mesesaane e neng e ka koaheloa e le hore oli e nkhang hamonate e se ke ea qhalana. Lejoe leo libotlolo tsena li neng li entsoe ka lona le lona le ile la bitsoa alabastera.—Mar 14:3.
Alamothe.
Ke lentsoe le sebelisoang ’minong le bolelang “Baroetsana” kapa “Basetsana.” E ka ’na eaba le hlalosa lentsoe leo baroetsana ba binang ka lona e leng soprano. Mohlomong lentsoe lena le ne le sebelisetsoa ho bontša hore seletsa se lokela ho letsoa ka noto e holimo.—1Kr 15:20; Pes 46:Shl.
Aletare.
Ke ntho e kang sethala e batlang e phahame e entsoeng ka mobu, majoe, litene kapa patsi e koahetsoeng ka tšepe. E ne e sebelisetsoa ho nyehela mahlabelo kapa ho chesa libano. Ka kamoreng ea pele ea tabernakele le ea tempele, ho ne ho e-na le “aletare ea khauta” e nyenyane e sebelisetsoang ho chesa libano. E ne e entsoe ka lepolanka le koahetsoeng ka khauta. Ka ntle ho tempele ho ne ho e-na le “aletare ea koporo” e kholo eo ho neng ho etsetsoa mahlabelo ho eona. (Ex 27:1; 39:38, 39; Ge 8:20; 1Ma 6:20; 2Kr 4:1; Lu 1:11)—Sheba Ntlha ea B5 le ea B8.
Alfa le Omega.
Alfa ke tlhaku ea pele lethathamong la litlhaku tsa Segerike, Omega ke tlhaku ea ho qetela. Mantsoe ana a sebelisitsoe ’moho ka makhetlo a mararo bukeng ea Tšenolo e le ha ho buuoa ka Molimo. Hona moo ho Tšenolo, Alfa le Omega li bolela “oa pele le oa ho qetela” le “qalo le qetello.”—Tše 1:8; 21:6; 22:13.
Amen.
E bolela “ha ho be joalo” kapa “kannete.” Lentsoe lena le tsoa lentsoeng la Seheberu e leng ʼa·manʹ le bolelang “ho tšepahala.” Le ne le sebelisoa ha motho a lumellana le kano, thapelo kapa ntho e builoeng. Ho Tšenolo le sebelisoa ha ho buuoa ka Jesu.—De 27:26; 1Kr 16:36; Tše 3:14.
Arame; Baarame.
Ke litloholo tsa Arame mora oa Sema. Li ne li lula karolong e neng e qala Lithabeng Tsa Lebanone ho ea fihla Mesopotamia le karolong e neng e qala Lithabeng Tsa Taurus e ka leboea ho ea fihla Damaseka le libakeng tse ka mose ho eona ka boroa. Sebaka sena seo ka Seheberu se bitsoang Arame hamorao se ile sa bitsoa Siria ’me baahi ba sona ba ile ba bitsoa Basiria.—Ge 25:20; De 26:5; Hos 12:12.
Areka ea selekane.
Ke ntho e kang lebokose e entsoeng ka lepolanka le entsoeng ka patsi ea sefate sa leoka ebe le koaheloa ka khauta. E ne e behoa ka Sehalalelisisong sa tabernakele eaba hamorao e behoa ka Sehalalelisisong sa tempele e hahiloeng ke Solomone. E ne e e-na le sekoahelo sa khauta ’me ho e-na le likerubime tse peli tse shebaneng holim’a sona. E ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa tseo e neng e li tšetse ke matlapa a mabeli a neng a ngotsoe Melao e Leshome. (De 31:26; 1Ma 6:19; Heb 9:4)—Sheba Ntlha ea B5 le B8.
Areopago.
Ke leralla le phahameng le motseng oa Athene ka leboea-bophirimela ho Acropolis. Hape e ne e le lebitso la lekhotla le neng le tšoarela liphutheho moo. Pauluse o ile a tlisoa Areopago ke bo-rafilosofi ba Baepikure le ba Bastoike hore a tl’o hlalosa lithuto tseo a li rutang.—Lik 17:19.
Armagedone.
Ka Seheberu ke Har Meghid·dohnʹ, e bolelang “Thaba ea Megido.” Lentsoe lena le sebelisoa ha ho buuoa ka “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle” eo ho eona “marena a lefatše lohle” a tla ikopanya ho loantša Jehova. (Tše 16:14, 16; 19:11-21)—Sheba tlhaloso ea MAHLOMOLA A MAHOLO.
Aselgeia.—
Sheba tlhaloso ea BOITŠOARO BO BOBE BO ETSOANG KA HO SE SOABE.
Ashtorethe.
Ke molimotsana oa Bakanana. Batho ba neng ba mo rapela ba ne ba lumela hore oa ba thusa ntoeng le ho etsa hore basali ba be le bana. Hape e ne e le mosali oa Baale.—1Sa 7:3.
Asia.
Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, ke profinse ea Roma e neng e akareletsa sebaka seo hona joale e leng karolo e ka bophirimela ea naha ea Turkey. Hape e ne e nkeletse lihlekehleke tse ling tse kang Samose le Patmose. Motse-moholo oa eona e ne e le Efese. (Lik 20:16; Tše 1:4)—Sheba Ntlha ea B13.
Azazele.
Ke lentsoe la Seheberu leo e ka ’nang eaba le bolela “Poli e Nyamelang.” Poli e neng e khethiloe bakeng sa Azazele e ne e isoa lefeelleng ka Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tšoareloa Libe. Ho ne ho tšoana le ha eka e jara libe tseo sechaba se li entseng selemong se fetileng ebe e ea ka tsona lefeelleng.—Le 16:8, 10.
B
Baahloli.
Ke batho bao Jehova a neng a ba khethile hore ba pholose batho ba hae pele Baiseraele ba e-ba le marena lefatšeng.—Bhl 2:16.
Baale.
Ke molimo oa Bakanana. Batho ba mo rapelang ba ne ba re ke mong’a maholimo, o fana ka lipula le ho etsa hore basali ba be le bana. Melimo e meng ea Bakanana e neng e nkoa e le ka tlasana ho Baale le eona e ne e bitsoa “Baale.” Ka Seheberu Baale e bolela “Mong’a” kapa “Monghali.”—1Ma 18:21; Bar 11:4.
Bademona.
Ke libopuoa tse khopo tse nang le ’mele ea moea, tse sa bonahaleng le tse nang le matla a fetang a batho. Kaha Genese 6:2 e re ke “bara ba Molimo oa ’nete” le Juda 6 e re ke “mangeloi,” ha baa ka ba boptjoa ba le khopo. Ke mangeloi a ileng a iketsa lira tsa Molimo ka ho se mamele Molimo mehleng ea Noe le ka ho ikopanya le Satane.—De 32:17; Lu 8:30; Lik 16:16; Jak 2:19.
Bafarisi.
Ke lequloana la bolumeli ba Sejuda le neng le tumme haholo mehleng ea baapostola. Bafarisi ba ne ba sa tsoe lelokong la baprista ’me ba ne ba mamela Molao oa Moshe haholo le lintlha tse nyenyane tsa oona. Hape ba ne ba nkela meetlo holimo. (Mat 23:23) Ba ne ba hanela tšusumetso leha e le efe ea setso sa Segerike. Kaha ba ne ba ithutile Molao oa Moshe le meetlo, ba ne ba e-na le taolo e kholo sechabeng. (Mat 23:2-6) Ba bang ba bona e ne e le litho tsa Lekhotla le Phahameng la Bajuda e leng Sanhedrine. Hangata ba ne ba hanyetsa Jesu mabapi le hore na Sabatha e lokela ho ketekoa joang, meetlo le ho etsa setsoalle le baetsalibe le babokelli ba lekhetho. Ba bang ba bona e ile ea e-ba Bakreste ho akareletsa le Saule ea tsoang Tarsase.—Mat 9:11; 12:14; Mar 7:5; Lu 6:2; Lik 26:5.
Balateli ba Heroda.
E ne e le mokhatlo oa batho ba neng ba tšehetsa merero ea lipolotiki ea bo-Heroda ba neng ba busa ba khethiloe ke Baroma. Ho ka etsahala hore Basaduse ba bang e ne e le litho tsa mokhatlo ona. Balateli ba Heroda ba ile ba ikopanya le Bafarisi hore ba hlasele Jesu.—Mar 3:6.
Balebeli ba Moemphera.
Ke sehlopha sa masole a Roma se neng se khethiloe hore se sireletse moemphera oa Roma. Sehlopha sena se ile sa fetoha ’muso o matla oa lipolotiki o neng o khona ho tšehetsa kapa ho liha moemphera.—Baf 1:13.
Bamede; Media.
Ke litloholo tsa mora oa Jafeta ea bitsoang Madai. Ba ne ba lula sebakeng se lithaba sa Iran seo hamorao e ileng ea e-ba naha ea Media. Bamede ba ile ba ikopanya le Babilona hore ba hlole Asiria. Ka nako eo, Persia e ne e le profinse ea Media. Leha ho le joalo, Saeruse o ile a e fetohela ’me Media e ile ea ikopanya le Persia hore e be ’Muso o Moholo oa Medo-Persia o ileng oa hlola ’Muso o Moholo oa Neo-Babilonia ka selemo sa 539 pele ho mehla ea Jesu. Bamede ba ne ba le teng Jerusalema nakong ea Mokete oa Pentekonta ka selemo sa 33 mehleng ea baapostola. (Dan 5:28, 31; Lik 2:9)—Sheba Ntlha ea B9.
Banefilime.
Ke bara ba matla ba ratang ntoa bao e neng e le bana ba mangeloi a ileng a iphetola batho ’me a etsa thobalano le basali pele ho Moroallo.—Ge 6:4.
Banethinime.
Ke batho bao e seng Baiseraele ba neng ba sebeletsa tempeleng. Lentsoe lena ka Seheberu le bolela “Bao ho Fanoeng ka Bona” ’me le bontša hore ho ne ho fanoe ka bona hore e be basebeletsi ba tempele. Ho ka etsahala hore Banethinime ba bangata e ne e le litloholo tsa Bagibeone bao Joshua a ileng a re e tla ba “ba roallang patsi le ba khang metsi bakeng sa sechaba le bakeng sa aletare ea Jehova.”—Jos 9:23, 27; 1Kr 9:2; Esd 8:17.
Bara ba Arone.
Ke litloholoana tsa setloholo sa Levi e leng Arone e leng eena oa pele ea ileng a khethoa hore e be moprista ea phahameng nakong ea Molao oa Moshe. Bara ba Arone ba ne ba etsa mesebetsi ea boprista tabernakeleng le tempeleng.—1Kr 23:28.
Basaduse.
Ke lequloana la bolumeli ba Sejuda le neng le tumme haholo ’me litho tsa lona li ne li ruile ebile le e-na le baprista ba neng ba e-na le matla a ho laola lintho tse etsoang tempeleng. Basaduse ba ne ba sa lumellane le meetlo e mengata ea Bafarisi hammoho le lintho tseo Bafarisi ba neng ba li lumela. Ba ne ba sa lumele hore bafu ba ka tsoha le hore mangeloi a teng. Ba ne ba hanyetsa Jesu.—Mat 16:1; Lik 23:8.
Basamaria.
Ke lentsoe leo qalong le neng le bua ka Baiseraele ba ’muso o ka leboea oa maloko a leshome empa ka mor’a hore Baasiria ba hlole Samaria ka 740 pele ho mehla ea Jesu, le ne le se le akareletsa balichaba ba neng ba tlisitsoe ke Baasiria. Mehleng ea Jesu, lentsoe leo le ne le sa sebelisoe ha ho buuoa ka batho ba morabe o itseng kapa mokhatlo o itseng oa lipolotiki. Hangata le ne le sebelisoa ha ho buuoa ka lequloana la bolumeli le neng le le Shikeme le Samaria ea boholo-holo. Batho ba neng ba tšehetsa lequloana leo ba ne ba lumela lintho tse itseng tse neng li fapane hole le tsa Sejuda.—Joh 8:48.
Bate.
Ke sesebelisoa se methang lintho tse metsi seo ho hakanngoang hore se lekana le lilithara tse 22. Ho hakanngoa hore se boholo bo bokaalo ka lebaka la maqhetsoana a linkho tse ngotsoeng lentsoe lena a fumanoeng ke bafuputsi ba lintho tsa khale. Boholo ba litekanyo tse ling tse ommeng le tse metsi tse hlahang ka Bibeleng li methoa ho ea ka hore na bate e hakanngoa ho ba boholo bo bokae. (1Ma 7:38; Eze 45:14)—Sheba Ntlha ea B14.
Batho ba reng ba bolela liketsahalo esale pele.
Beelzebube.
Boahlamo ba seatla.
Ke bophara ba ho tloha monoaneng o motona oa letsoho ho ea ho o monyenyane ha motho a butse seatla. Ha setsoe se le bolelele ba lisenthimithara tse 44,5, boahlamo ba seatla e tla ba bolelele ba lisenthimithara tse 22,2. (Ex 28:16; 1Sa 17:4)—Sheba Ntlha ea B14.
Bofebe.
Bohlola.—
Bohobe ba pontšo.
Ke mahobe a 12 a neng a pakiloe ka lihlopha tse peli. Sehlopha ka seng se ne se e-na le mahobe a tšeletseng, a ne a behiloe tafoleng ka Sehalalelisisong sa tabernakele kapa sa tempele. Bo ne bo boetse bo bitsoa “bohobe bo halalelang.” Nyehelo ena e neng e etsetsoa Molimo, e ne e tlosoa ha ho behoa bohobe bo bocha ka Sabatha e ’ngoe le e ’ngoe. Bohobe bo neng bo tlosoa, bo ne bo jeoa ke baprista feela. (2Kr 2:4; Mat 12:4; Ex 25:30; Le 24:5-9; Heb 9:2)—Sheba Ntlha ea B5.
Bohobe bo halalelang.—
Sheba BOHOBE BA PONTŠO.
Boinehelo, pontšo e halalelang ea.
Ke lesenke le benyang la khauta le neng le ngotsoe mantsoe a reng “Khalalelo ke ea Jehova” ka Seheberu. Le ne le behoa karolong e ka pele tukung ea moprista ea phahameng. (Ex 39:30)—Sheba Ntlha ea B5.
Boitlamo.
Boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.
Mantsoe ana a tsoa lentsoeng la Segerike por·neiʹa. Ke polelo e sebelisoang ka Mangolong ha ho buuoa ka mefuta ea thobalano eo Molimo a sa e lumelleng. Bo akareletsa bofebe, botekatse, thobalano pakeng tsa batho ba sa nyalanang, banna ba etsang thobalano le banna ba bang le batho ba etsang thobalano le liphoofolo. Lengolong la Tšenolo le sebelisitsoe ka tsela ea tšoantšetso ha ho buuoa ka letekatse la bolumeli le bitsoang “Babilona e Moholo” ho hlalosa kamoo le ikamahanyang le babusi ba lefatše hore le be matla le be le rue. (Tše 14:8; 17:2; 18:3; Mat 5:32; Lik 15:29; Gal 5:19)—Sheba LETEKATSE.
Boitšoaro bo bobe bo etsoang ka ho se soabe.
Ka Segerike polelo ena ke a·selʹgei·a. E bolela liketso tse mpe haholo tse khahlanong le melao ea Molimo tseo motho a li etsang ka sebete sohle, ka ho tella ebile a sa soabe le ho soaba. Ke moea oo motho a ka bang le oona o bontšang hore o tella bolaoli ebile ha a hlomphe melao. Polelo ena ha e bue ka phoso e nyenyane kapa e sa reng letho.—Gal 5:19; 2Pe 2:7.
Bokoenehi.
Ka Segerike lentsoe lena ke a·po·sta·siʹa, le tsoa leetsing le bolelang “ho suthela hole le.” Ha lentsoe lena e le lereho le bolela “ho tlohela, ho lahla kapa borabele.” Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, lentsoe “bokoenehi” le sebelisoa haholo ha ho buuoa ka batho ba tlohelang borapeli ba ’nete.—Pr 11:9; Lik 21:21; 2Th 2:3.
Boloetse.
Mangolong a Seheberu, hangata lentsoe lena le sebelisoa ha ho buuoa ka lefu le itseng kapa kotlo e tsoang ho Jehova.—Nu 16:49.
Boloi.
Ho sebelisa matla ao ho lumeloang hore a tsoa ho bademona.—2Kr 33:6.
Bomalimabe.
Bo-’maseterata.
’Musong oa Babilona, bo-’maseterata e ne e le balaoli ba litereke ba neng ba tseba molao ’me ba e-na le bolaoli bo lekanyelitsoeng ba ho ahlola. Linaheng tsa Roma bo-’maseterata e ne e le basebeletsi ba ’muso. Mosebetsi oa bona e ne e le ho etsa bonnete ba hore lintho li lula li hlophisehile, ho thusa ka tsa lichelete, ho ahlola batho ba tlolang molao le ho fana ka taelo ea hore ba fuoe kotlo.—Dan 3:2; Lik 16:20.
Boprofeta.
Ke molaetsa o halalelang, e ka ba o senolang thato ea Molimo kapa o fanang ka taelo ea hore e boleloe. Boprofeta e ka ba molaetsa o rutang, taelo, kahlolo e tsoang ho Molimo kapa molaetsa o tsebisang se tlang ho etsahala.—Eze 37:9, 10; Dan 9:24; Mat 13:14; 2Pe 1:20, 21.
Bo-rafilosofi ba Baepikure.
Ke balateli ba rafilosofi oa Mogerike e leng Epicurus (ea phetseng ho tloha ka selemo sa 341 ho ea ho sa 270 pele ho mehla ea Jesu). Ba ne ba lumela hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ke hore motho a ithabise.—Lik 17:18.
Bo-rafilosofi ba Bastoike.
Ke sekolo sa Bagerike sa bo-rafilosofi ba neng ba lumela hore thabo e tlisoa ke hore motho a sebelise bokhoni ba hae ba ho nahana le hore a utloisise melao ea tlhaho le ho phela ka eona. Ho ea ka bona, motho ea leng bohlale ha a lokela ho tsotella hore na oa thaba kapa o utloa bohloko.—Lik 17:18.
Bule.
Ke lebitso la khoeli ea borobeli k’halendareng ea bolumeli ea Sejuda ebile ke khoeli ea bobeli k’halendareng ea temo. E tsoa lentsoeng le bolelang “chai” kapa “lihlahisoa” ’me e ne e qala mahareng a October ebe e fela mahareng a November. (1Ma 6:38)—Sheba Ntlha ea B15.
D
Dagone.
Ke molimo oa Bafilista. Ha ho tsejoe hantle hore na lentsoe lena le tsoa hokae empa litsebi tse ling li re le amana le lentsoe la Seheberu dagh (tlhapi).—Bhl 16:23; 1Sa 5:4.
Darike.
Ke chelete ea Persia e entsoeng ka khauta eo boima ba eona bo etsang likramo tse 8,4.(1Kr 29:7)—Sheba Ntlha ea B14.
Dekapolise.
Lentsoe lena le tsoa lentsoeng la Segerike e leng deʹka le bolelang “leshome” le la poʹlis le bolelang “motse.” Ke sehlopha sa metse ea Bagerike se qalileng se e-na le metse e leshome. Hape e ne e le lebitso la karolo e ka bochabela ho Leoatle la Galilea le Noka ea Jordane moo boholo ba metse ena e neng e le hona teng. Metseng eo, batho ba ne ba phela ka meetlo ea Segerike le khoebo e ne e tsamaisoa Segerike. Jesu o ile a feta karolong eo empa ha ho na moo Bibele e reng o ile a hla a ea metseng ea Dekapolise. (Mat 4:25; Mar 5:20)—Sheba Ntlha ea A7 le B10.
Denari.
Ke chelete ea Roma e entsoeng ka silevera e boima ba likramo tse ka bang 3,85. E ne e e-na le setšoantšo sa Sesare ka lehlakoreng le le leng. Ke chelete eo motho a neng a e khola ka letsatsi ebile ke chelete ea “lekhetho” eo Baroma ba neng ba e batla ho Bajuda. (Mat 22:17; Lu 20:24)—Sheba Ntlha ea B14.
Diabolose.
Drakema.
Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, ke chelete ea silevera ea Bagerike. Mehleng eo e ne e le boima ba likramo tse 3,4. Ka Mangolong a Seheberu, ho na le moo ho buuoang ka drakema ea khauta e neng e sebelisoa mehleng ea Bapersia e lekanang le darike. (Ne 7:70; Mat 17:24)—Sheba Ntlha ea B14.
E
Ea khopo.
Edomo.
Ke lebitso le leng la Esau mora oa Isaka. Litloholo tsa Esau (Edomo) li ile tsa lula Seire e leng sebaka se lithaba se lipakeng tsa Leoatle le Shoeleng le Kou ea ‘Aqaba. Sebaka seo se ile sa bitsoa Edomo. (Ge 25:30; 36:8)—Sheba Ntlha ea B3 le ea B4.
Efa.
Ke tekanyo ea lintho tse ommeng hape ke ntho e kang nkho e neng e sebelisoa bakeng sa ho metha lijo-thollo. E lekana le bate e neng e metha lintho tse metsi. Efa e lekana le lilithara tse 22. (Ex 16:36; Eze 45:10)—Sheba Ntlha ea B14.
Efoda.
Ke seaparo sa baprista se kang foreskoto. Moprista ea phahameng o ne a apara se fapaneng le sa baprista ba bang. Sa hae se ne se e-na le mokotlana oa sefuba o khabisitsoeng ka majoe a 12 a bohlokoa. (Ex 28:4, 6)—Sheba Ntlha ea B5.
Efraime.
Elule.
Ke khoeli ea botšelela k’halendareng ea bolumeli ea Sejuda ebile ke khoeli ea bo12 k’halendareng ea temo. E ne e qala bohareng ba August e fela bohareng ba September. (Ne 6:15)—Sheba Ntlha ea B15.
Ethanime.
Ke lebitso la khoeli ea bosupa k’halendareng ea bolumeli ea Sejuda ’me ke khoeli ea pele k’halendareng ea temo. E ne e qala mahareng a khoeli ea September e fela mahareng a khoeli ea October. Ha Bajuda ba tsoa botlamuoeng Babilona ba ile ba e bitsa Tishri. (1Ma 8:2)—Sheba Ntlha ea B15.
Ethiopia.
Ke naha ea boholo-holo e ka boroa ho Egepeta. E ne e le naha eo kajeno e leng Sudan ebile e akareletsa karolo e kholo e ka boroa ea naha eo kajeno e leng Egepeta. Ka linako tse ling ha ho buuoa ka Ethiopia ho sebelisoa lentsoe la Seheberu “Kushe.”—Est 1:1.
Eufrate.
Ke noka e telele le e bohlokoa haholo karolong e ka boroa-bophirimela naheng ea Asia ebile ke e ’ngoe ea linoka tse kholo Mesopotamia. Ho buuoa ka eona ka lekhetlo la pele ho Genese 2:14 e le e ’ngoe ea linoka tse ’nè tsa Edene. Hangata e bitsoa “Noka.” (Ge 31:21) E ne e arola linaha tse ling ho naha eo Baiseraele ba neng ba lula ho eona. (Ge 15:18; Tše 16:12)—Sheba Ntlha ea B2.
F
Faro.
Fathome.
Ke sesebelisoa se methang hore na metsi a tebile hakae. Se lekana le limithara tse 1,8. (Lik 27:28)—Sheba Ntlha ea B14.
Filistia; Bafilista.
Ke naha e ka boroa lebopong la Iseraele ’me e ile ea rehoa Filistia. Balichaba ba tsoang Kreta ba ileng ba lula moo ba ile ba bitsoa Bafilista. Davida o ile a ba hlola empa ea ’na ea e-ba sechaba se ikemetseng ’me ba lula e le lira tsa Baiseraele. (Ex 13:17; 1Sa 17:4; Amo 9:7)—Sheba Ntlha ea B4.
Foreimi e etsang masela.
Ke foreimi e sebelisetsoang ho loha masela ka khoele kapa ka ulu.—Ex 39:27.
G
Gehena.
Ke lebitso la Segerike la Khohlo ea Hinome, e ka boroa le ka boroa-bophirimela ho Jerusalema ea mehleng ea khale. (Jer 7:31) Ho ile ha profetoa hore litopo li ne li tla lahleloa sebakeng sena. (Jer 7:32; 19:6) Ha ho na bopaki bo bontšang hore ho ne ho lahleloa liphoofolo kapa batho Gehena hore ba chesoe ba phela kapa ba hlokofatsoe. Ka lebaka leo, sebaka sena ha se tšoantšetse sebaka se sa bonahaleng moo meea ea batho e hlokofatsoang teng ka ho sa feleng mollong. Ho e-na le hoo, Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba etsa mohlala ka Gehena ho tšoantšetsa kahlolo ea ho qetela ea “lefu la bobeli” e leng ho felisoa ka ho sa feleng.—Tše 20:14; Mat 5:22; 10:28.
Gera.
Ke boima bo lekanang le likramo tse 0,57. Ligera tse 20 li lekana le shekele e le ’ngoe. (Le 27:25)—Sheba Ntlha ea B14.
Gileade.
Ke karolo e nang le mobu o nonneng, e ka bochabela ho Noka ea Jordane, e fihlang ka leboea le ka boroa ho Khohlo ea Jaboke. Ka linako tse ling, lebitso lena le ne le sebelisoa ha ho buuoa ka naha eohle ea Iseraele e ka bochabela ho Jordane, moo maloko a Rubene, Gade le halofo ea leloko la Manase a neng a lula teng. (Nu 32:1; Jos 12:2; 2Ma 10:33)—Sheba Ntlha ea B4.
Gitithe.
Ke lentsoe le sebelisoang ’minong leo ho sa tsebahaleng hantle hore na le bolela’ng. Ho bonahala eka le tsoa lentsoeng la Seheberu e leng gath. Batho ba bang ba lumela hore e ka ’na eaba ke morethetho o amanang le lipina tsa ha ho etsoa veine kaha gath e bolela sehatelo sa veine.—Ps 81:Shl.
H
Hadese.
Ke lentsoe la Segerike le tsamaisanang le la Seheberu e leng “Sheole.” Ha le fetoletsoe e le “Lebitla” (le qalang ka tlhaku e kholo), le bolela boemo ba tšoantšetso boo boholo ba batho ba bang ho bona ha ba shoele.—Sheba LEBITLA.
Hermese.
Ke molimo oa Bagerike, mora oa Zeuse. Ha Pauluse a ne a le Listra, batho ba ile ba mo bitsa Hermese ka phoso ba nahanne ka mosebetsi oa molimo eo oa ho ba moromuoa oa melimo le hore ke molimo ea nang le bokhoni ba ho bua.—Lik 14:12.
Heroda.
Ke lebitso la lelapa la boreneng la batho ba neng ba khethiloe ke Roma hore ba buse Bajuda. Heroda e Moholo o ne a tsebahala ka hore o ile a haha tempele ea Jerusalema bocha le ka ho fana ka taelo ea hore bana ba bolaoe ka morero oa ho bolaea Jesu. (Mat 2:16; Lu 1:5) Bara ba Heroda e Moholo e leng Heroda Arkelause le Heroda Antipase, ba ile ba khethoa hore ba buse likarolo tse ling tsa puso ea ntate oa bona. (Mat 2:22) Antipase e ne e le ’musi oa setereke ea neng a tsebahala e le “morena.” O busitse nakong ea tšebeletso ea Kreste ea lilemo tse tharo le halofo ho fihlela ka nako ea liketsahalo tse hlalositsoeng ho Liketso Khaolo ea 12. (Mar 6:14-17; Lu 3:1, 19, 20; 13:31, 32; 23:6-15; Lik 4:27; 13:1) Ka mor’a moo, Heroda Agripa oa Pele e leng setloholo sa Heroda e Moholo, o ile a bolaoa ke lengeloi la Molimo ka mor’a hore a buse ka nako e khutšoanyane. (Lik 12:1-6, 18-23) Mora oa hae e leng Heroda Agripa oa Bobeli, o ile a busa ho fihlela ha Bajuda ba fetohela ’muso oa Roma.—Lik 23:35; 25:13, 22-27; 26:1, 2, 19-32.
Higaione.
Ke lentsoe le sebelisoang ho tataisa libini. Joalokaha le sebelisitsoe ho Pesaleme ea 9:16, le ka bolela molumo o llelang tlase oa harepa kapa ho thola ka nakoana e le ho thusa motho hore a nahanisise.
Hine.
Ke nkho e lekanyang lintho tse metsi. E lekana le lilithara tse 3,67. (Ex 29:40)—Sheba Ntlha ea B14.
Hisopa.
Ke semela se nang le makala le makhasi a masesaane, se neng se sebelisetsoa ho fafatsa mali kapa metsi meketeng ea ho hloekisa. Ho ka etsahala hore lentsoe la Segerike le la Seheberu le sebelisitsoeng ka Bibeleng le akareletsa mefuta e fapaneng ea limela. Mohlomong hisopa eo ho buuoang ka eona ho Johanne 19:29, e ne e le telele hoo e neng e e-na le thupa e ka khonang ho hloma seponche sa veine e bolila ho se isa molomong oa Jesu.—Ex 12:22; Ps 51:7.
Hlooho ea pilara.
Karolo e ka holimo ea pilara. Ke lihlooho tse kholo tsa lipilara tse peli e leng Jakine le Boase tse neng li eme ka pel’a tempele e hahiloeng ke Solomone. (1Ma 7:16)—Sheba Ntlha ea B8.
Ho beha matsoho.
Ho buisana le balimo.
Ke tumelo ea hore batho ba shoeleng ba tsoela pele ba phela le hore ba khona ho buisana le batho ba phelang, haholo-holo le batho bao ho thoeng ba khona ho buisana le batho bao ba shoeleng. Lentsoe la Segerike e leng phar·ma·kiʹa le fetoletsoeng e le “ho buisana le balimo” hantle-ntle le bolela “ho sebelisa litlhare.” Lentsoe leo le ne le amahanngoa le ho buisana le balimo hobane mehleng ea khale batho ba ne ba sebelisa litlhare ha ba bitsa matla a bademona e le hore ba loee batho ba bang.—Gal 5:20; Tše 21:8.
Ho hloeka.
Ka Bibeleng, lentsoe lena ha le sebelisoe feela ha ho buuoa ka ho hloeka ’meleng. Le boetse le sebelisoa ha ho buuoa ka motho ea lulang a itšoere hantle kapa ea fetolang liketso tsa hae tse mpe e le hore kamano ea hae le Molimo e ka ba ntle. Molaong oa Moshe, lentsoe lena le ne le boetse le sebelisoa ha ho buuoa ka ho hloeka ho ea ka molao.—Le 10:10; Ps 51:7; Mat 8:2; 1Ko 6:11.
Ho isoa botlamuoeng.
Ke ho lelekoa naheng ea heno ke batho ba le hlotseng ntoeng. Lentsoe leo ka Seheberu le bolela “ho tsamaea.” Baiseraele ba ile ba isoa botlamuoeng ka makhetlo a mabeli. Baasiria ba ile ba isa Baiseraele ba ’musong o ka leboea oa maloko a leshome botlamuoeng ’me hamorao Bababilona ba ile ba isa Baiseraele ba ’musong o ka boroa oa maloko a mabeli botlamuoeng. Saeruse morena oa Persia o ile a laela hore batlamuoa ba setseng ba mebuso eo ka bobeli ba khutlele linaheng tsabo bona.—2Ma 17:6; 24:16; Esd 6:21.
Ho itima lijo.
Ke ho se je ho fihlela nako e itseng e feta. Baiseraele ba ne ba itima lijo ka Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tšoareloa Libe, ha ba nyahame le nakong eo ba kopang hore Molimo a ba tataise. Bajuda bona ba ne ba itima lijo ka makhetlo a mane selemong, ho ikhopotsa liketsahalo tsa bohlokoa historing ea bona. Bakreste ha baa laeloa hore ba itime lijo.—Esd 8:21; Esa 58:6; Lu 18:12.
Ho loka.
Ho nyala mosali oa ngoan’eno.
Ho pola; Seotlo.
Ho pola ke ho ntša lijo-thollo tse kang koro litlhakeng tsa tsona le ho li arohanya le ’moko. Seotlo ke moo mosebetsi ona o neng o etsetsoa teng. Ha batho ba pola ba ne ba sebelisa ntho e kang palo. Ha lijalo li le ngata haholo ba ne ba sebelisa selei sa ho pola se huloang ke liphoofolo. Selei sena se ne se tsamaea holim’a lijo-thollo tse aliloeng seotlong e leng sebaka se selika-likoe. Hangata se ne se e-ba moo ho phahameng ho bile ho e-na le moea.—Le 26:5; Esa 41:15; Mat 3:12.
Ho sebeletsa Molimo.
Ho sebeletsa Molimo ka botšepehi.
Ho se hloeke.
Ho shapa.
Mangolong a Segerike a Bakreste, mantsoe ana a bolela ho shapa motho ka sephali se nang le mafito kapa se sehang.—Joh 19:1.
Ho thonaka.
Ke ho bokella lijo-thollo tseo bakotuli ba li siileng ebang ke ka morero kapa che. Molao oo Molimo a neng a o file Moshe o ne o re batho ba se ke ba kotula moeli oa masimo a bona ka ho feletseng kapa ba kha mohloaare le morara kaofela. Molimo o ne a laetse hore bafutsana, batho ba mahlomoleng, balichaba, likhutsana le bahlolohali ba fuoe tokelo ea ho thonaka lijo-thollo tse setseng ka mor’a kotulo.—Ru 2:7.
Ho tlotsa.
Ka Seheberu poleloana ena e bolela “ho tšela kapa ho tlotsa ka oli.” Motho o ne a tšeloa ka oli ho bontša hore o khethetsoe ho etsa mosebetsi o khethehileng. Lintho tse ling le tsona li ne li tšeloa ka oli ha li khethetsoe ho etsa mosebetsi o khethehileng. Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, ha ho buuoa ka hore batho ba khethetsoeng ho ea leholimong ba fuoe moea o halalelang, ho thoe ba tlotsitsoe.—Ex 28:41; 1Sa 16:13; 2Ko 1:21.
Ho utloa bohloko.
Ke tsela eo motho a bontšang maikutlo a hae ka eona ha a hlokahaletsoe kapa a utloisitsoe bohloko ke ntho e itseng. Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele ho ne ho tloaelehile hore motho a bontše hore o utloile bohloko ka nako e itseng. Ntle le hore motho a lle a hoelelitse, batho ba utloileng bohloko ba ne ba apara liaparo tse khethehileng, ba itšela ka molora hloohong, ba tabola liaparo tsa bona ba bile ba ikotla lifubeng. Ka linako tse ling, batho ba neng ba ipabola ka ho utloa bohloko ba ne ba mengoa mafung.—Ge 23:2; Est 4:3; Tše 21:4.
Homere.
Ke sesebelisoa se lekanyang lintho tse ommeng se tsamaisanang le kore. Ho ea ka tekanyo e hakantsoeng ea bate, e lekana le lilithara tse 220. (Le 27:16)—Sheba Ntlha ea B14.
Horebe; Thaba ea Horebe.
Sebaka se lithaba se pota-potileng Thaba ea Sinai. Ke lebitso le leng la Thaba ea Sinai. (Ex 3:1; De 5:2)—Sheba Ntlha ea B3.
I
Ilirikame.
Ke profinse ea Roma e ka leboea-bophirimela ho Greece. Ha Pauluse a ntse a etsa mosebetsi oa hae oa boboleli, o ile a fihla sebakeng sena empa ha ho hlalosoe hore na o ile a ruta molaetsa oa Bibele moo kapa o ile a feta feela. (Bar 15:19)—Sheba Ntlha ea B13.
Iseraele.
Ke lebitso leo Molimo a ileng a le fa Jakobo. Litloholo tsohle tsa hae li ile tsa bitsoa ka lona. Hangata litloholo tsa bara ba 12 ba Jakobo li ne li bitsoa bara ba Iseraele, ba ntlo ea Iseraele, batho kapa sechaba sa Iseraele kapa Baiseraele. Iseraele e ile ea boela ea sebelisoa e le lebitso la ’muso o ka leboea oa maloko a leshome o neng o ikarotse ho ’muso o ka boroa. Hamorao lebitso lena le ile la sebelisoa ha ho buuoa ka Bakreste ba tlotsitsoeng e leng “Iseraele ea Molimo.”—Gal 6:16; Ge 32:28; 2Sa 7:23; Bar 9:6
J
Jakobo.
Ke mora oa Isaka le Rebeka. Hamorao Molimo o ile a re ke Iseraele ’me e ile ea e-ba hlooho ea batho ba Iseraele (bao hape ba bitsoang Baiseraele ’me hamorao ba ile ba bitsoa Bajuda). O ne a e-na le bara ba 12 ’me bona le litloholo tsa bona e ile ea e-ba maloko a 12 a sechaba sa Iseraele. Lebitso Jakobo le ile la ’na la sebelisoa ha ho buuoa ka sechaba kapa batho ba Iseraele.—Ge 32:28; Mat 22:32.
Jeduthune.
Ke lentsoe leo ho sa tsebahaleng hantle hore na le bolela’ng le hlahang sehloohong sa Pesaleme ea 39, 62 le 77. Mantsoe ana a sehlooho a utloahala e le taelo ea kamoo lipesaleme tseo li lokelang ho binoa kateng, mokhoa oo li lokelang ho bapaloa ka oona kapa seletsa se lokelang ho sebelisoa. Ho ne ho e-na le sebini sa Molevi se bitsoang Jeduthune, kahoo ho ka etsahala hore mokhoa ona oa ho bina kapa seletsa sa oona se ne se amahanngoa le eena kapa bara ba hae.
Jehova.
Ke lebitso le sebelisitsoeng ho fetolela Tetragrammaton (e leng litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo), le hlahang ka makhetlo a fetang 7 000 Bibeleng ena.—Sheba Ntlha ea A4 le ea A5.
Joko.
Ke palo e neng e jarisoa motho mahetleng ’me ho ne ho behoa meroalo lehlakoreng ka leng la eona kapa ke palo e sebelisoang ho pana liphoofolo tse peli (hangata likhomo) ha li hula mohoma kapa kariki. Kaha hangata makhoba a ne a sebelisa lijoko ho jara meroalo e boima, joko e ne e sebelisoa ka tsela ea tšoantšetso ho emela bokhoba kapa ho ikokobeletsa motho e mong. Hape e ne e tšoantšetsa ho hatelloa le ho sotleha. Ho ntša joko kapa ho e roba ho ne ho bolela ho lokolloa bokhobeng, khatellong le tšotlehong.—Le 26:13; Mat 11:29, 30.
Jubile (Selemo sa Tokoloho).
Ke selemo se seng le se seng sa bo50, se neng se baloa ho tloha ha Baiseraele ba ne ba fihla Naheng e Tšepisitsoeng. Naha e ne e sa lokela ho lengoa ka selemo sa Jubile ebile Baheberu bao e neng e le makhoba ba ne ba lokela ho lokolloa. Naha eo e neng e le lefa e neng e rekisitsoe e ne e lokela ho khutlisoa. Ha e le hantle, ka Jubile ho ne ho ketekoa selemo kaofela. E ne e le selemo sa tokoloho se neng se hopotsa sechaba maemo ao se neng se a thabela qalong ha Molimo a ne a se khetha hore e be sechaba sa hae.—Le 25:10.
Juda.
Ke mora oa bone oa Jakobo le mosali oa hae Lea. Boprofeteng boo Jakobo a ileng a bo bua ha a le makhatheng a lefu, o ile a bolela hore ’muso o moholo le o tla lula o le teng ka ho sa feleng o ne o tla tsoa lelokong la Juda. Jesu o hlahile lelokong la Juda. Lebitso Juda le boetse le bua ka leloko ’me hamorao le ile la sebelisoa ho hlalosa ’muso o neng o reheletsoe ka Juda. Juda e ne e le ’muso o ka boroa o neng o akareletsa Baiseraele ba leloko la Juda le la Benjamine ’me o ne o e-na le baprista le Balevi. Bajuda ba ne ba lula karolong e ka boroa e neng e akareletsa Jerusalema le tempele.—Ge 29:35; 49:10; 1Ma 4:20; Heb 7:14.
K
Kabe.
Ke tekanyo ea lintho tse ommeng e lekanang le lilithara tse 1,22. E ne e methoa ho ea ka hore na bate e ne e hakanngoa hore e boholo bo bokae. (2Ma 6:25)—Sheba Ntlha ea B14.
Kalde; Bakalde.
E ne e le naha ea batho ba neng ba lula ka thoko ho noka ea Tigris le ea Eufrate. Ha nako e ntse e ea, mantsoe ana a ile a sebelisoa ha ho buuoa ka Babilonia le batho ba eona. Lentsoe lena “Bakalde” le ne le boetse le sebelisoa ha ho buuoa ka batho ba rutehileng haholo ba ithutileng saense, histori, lipuo tse ling le linaleli hape e ne e le balepi ba linaleli ba sebelisang boselamose.—Esd 5:12; Dan 4:7; Lik 7:4.
Kanana.
Ke setloholo sa Noe hape ke mora oa bone oa Kama. Maloko a 11 a tsoang ho Kanana a ile a qetella a lula karolong e ka bochabela ho Leoatle la Mediterranean lipakeng tsa Egepeta le Siria. Sebaka seo se ile sa bitsoa “naha ea Kanana.” (Le 18:3; Ge 9:18; Lik 13:19)—Sheba Ntlha ea B4.
Kano.
Ke mantsoe ao motho a a buang ha a tiisa hore ntho e itseng ke ’nete kapa ke tšepiso eo motho a e etsang ea hore o tla etsa ntho e itseng kapa a ke ke a e etsa. Hangata ke kano eo motho a e etsang ho motho ea hlomphehang, haholo-holo ho Molimo. Jehova o ile a tiisa selekane sa hae le Abrahama ka kano.—Ge 14:22; Heb 6:16, 17.
Kariki.
Karolo ea leshome (boshome).
Ke karolo e le ’ngoe ho tse leshome kapa liphesente tse leshome tse neng li ntšoa kapa li pataloa e le lekhetho bakeng sa bolumeli. E boetse e bitsoa “boshome” ’me ha motho a fana ka eona ho thoe o ntša boshome kapa o “ntša karolo ea leshome.” (Mal 3:10; De 26:12; Mat 23:23) Molao oo Molimo a neng a o file Moshe o ne o re karolo ea leshome ea lijalo le ea mehlape e fuoe Balevi selemo le selemo ho ba thusa ka litlhoko tsa bona. Linthong tseo Balevi ba neng ba li fuoa le bona ba ne ba ntša karolo ea leshome ho tsona ebe ba e fa baprista ba leloko la Arone ho ba thusa ka litlhoko tsa bona. Ho ne ho e-na le lintho tse ling tse neng li ntšetsoa karolo ea leshome. Ha ho hlokahale hore Bakreste ba ntše karolo ea leshome.
Kasia.
Ke makhekhephu a sefate sa kasia (Cinnamomum cassia). Sefate sena se tšoana le sa sinamone. Kasia e ne e sebelisoa ho etsa senkhisa-monate hape e ne e sebelisoa ha ho etsoa oli e halalelang e neng e tšeloa hloohong ea motho ea neng a khetheloa ho etsa mosebetsi o itseng.—Ex 30:24; Ps 45:8; Eze 27:19.
Kemoshe.
Molimo ea ka sehloohong oa Bamoabe.—1Ma 11:33.
Khalalelo; Ho halalela.
Ke e ’ngoe ea makhabane a Jehova. Ke ho hloeka ka ho feletseng. (Ex 28:36; 1Sa 2:2; Pr 9:10; Esa 6:3) Ka Seheberu ha lentsoe lena le ne le sebelisoa ho batho (Ex 19:6), liphoofolo (Nu 18:17), lintho (Ex 28:38; 30:25; Le 27:14), libaka (Ex 3:5; Esa 27:13), linako (Ex 16:23; Le 25:12) le liketsahalo (Ex 36:4), le ne le bolela ho ikhetha, ho fapana le lintho tse ling kapa ho hloekisetsoa Molimo ea halalelang. Ke ho khetheloa ho sebeletsa Jehova. Mangolong a Segerike a Bakreste, lentsoe le fetoletsoeng e le “khalalelo” le “ho halalela” le bolela ho khetheloa ho sebeletsa Molimo. Le boetse le sebelisetsoa ho hlalosa tsela e ntle eo motho a itšoarang ka eona.—Mar 6:20; 2Ko 7:1; 1Pe 1:15, 16.
Kharenate.
Ke tholoana e bopehileng joaloka apole ’me ka holimo e na le ntho e kang korone. E na le lithotse tse nyenyane tse khubelu tse nang le metsi a monate a nang le tsoekere. Ho ne ho entsoe mokhabiso o tšoanang le tholoana ena karolong e tlase ea seaparo se seputsoa se se nang matsoho sa moprista ea phahameng. Mokhabiso ona o ne o entsoe le lihloohong tsa lipilara tse ka pel’a tempele e leng Jakine le Boase.—Ex 28:34; Nu 13:23; 1Ma 7:18.
Kharetene.
Lesela le letle le neng le khabisitsoe ka meloho ea likerubime le neng le arola Sehalalelo le Sehalalelisiso ka tabernakeleng le ka tempeleng. (Ex 26:31; 2Kr 3:14; Mat 27:51; Heb 9:3)—Sheba Ntlha ea B5.
Khohlo.
Kisleve.
E hlaha e le khoeli ea borobong k’halendareng ea bolumeli ea Sejuda ebile ke khoeli ea boraro k’halendareng ea temo. Bajuda ba ile ba e sebelisa ha ba tsoa Babilona. E ne e qala bohareng ba November e fela bohareng ba December. (Ne 1:1; Zak 7:1)—Sheba Ntlha ea B15.
Koli-ea-malla.
Kolobetso; ho kolobetsa.
Korale.
Ke ntho e thata e kang lejoe e etsoang ke liphoofolo tse nyenyane tsa leoatle. E fumaneha leoatleng ka mebala-bala ho akareletsa ’mala o mofubelu, o mosoeu le o motšo. Li ne li fumaneha ka bongata Leoatleng le Lefubelu. Mehleng ea Bibele, likorale tse khubelu li ne li rekoa ka theko e phahameng ’me li ne li sebelisetsoa ho etsa lifaha le lintho tse ling tse ntle.—Pr 8:11.
Kore.
Tekanyo ea lintho tse ommeng le tse metsi. E lekana le lilithara tse 220. E ne e methoa ho ea ka hore na ho ne ho hakanngoa hore bate e boholo bo bokae. (1Ma 5:11)—Sheba Ntlha ea B14.
Kreste.
L
Lebala.
Ke lebala le kampetsoeng le pota-potileng tabernakele. Mehleng ea ha ho se ho e-na le tempele, e ne e le lebala le pota-potileng tempele le kampetsoeng ka lerako. Aletare ea nyehelo ea secheso e ne e behiloe lebaleng la tabernakele le lebaleng le ka hare la tempele. (Sheba Ntlha ea B5, B8 le ea B11.) Bibele e boetse e bua ka mabala a matlo le a liphaleisi.—Ex 8:13; 27:9; 1Ma 7:12; Est 4:11; Mat 26:3.
Lebitla.
Ha le ngotsoe ka litlhaku tse nyenyane, ho buuoa ka lebitla leo motho a pateloang ho lona. Ha le qala ka tlhaku e kholo, ho buuoa ka lentsoe la Seheberu e leng “Sheole” le la Segerike e leng “Hadese” le bolelang ho shoa. Ka Bibeleng, mantsoe ana a hlalosa sebaka sa tšoantšetso kapa hore ha motho a shoele a ke ke a khona ho etsa letho kapa ho utloa letho.—Ge 47:30; Moe 9:10; Lik 2:31.
Lebitla la khopotso.
Sebaka seo motho ea hlokahetseng a pateloang ho sona. Polelo ena e sebelisoa ha ho fetoleloa lentsoe la Segerike e leng mne·meiʹon, le tsoang leetsing le bolelang “ho hopotsa,” e le ho bontša hore motho ea shoeleng oa hopoloa.—Joh 5:28, 29; naletsana.
Lebollo.
Lefu la seoa.
Ke boloetse leha e le bofe bo tšoaetsanoang, bo atang ka potlako, bo behang bophelo ba batho ba bangata kotsing ebile bo bolaea. Hangata ha Molimo a ne a fana ka kotlo o ne a sebelisa lefu la seoa.—Nu 14:12; Eze 38:22, 23; Amo 4:10.
Lehlaka.
Ke lentsoe le sebelisoang bakeng sa limela tse ngata tse melang libakeng tse lulang li e-na le metsi. Ka makhetlo a mangata ho buuoa ka semela sa Arundo donax. (Job 8:11; Esa 42:3; Mat 27:29; Tše 11:1)—Sheba THUPA E METHANG.
Lejoe la sekhutlo.
Ke lejoe le kopanyang mabota a mabeli k’honeng ea mohaho. Lejoe la bohlokoa ka ho fetisisa la sekhutlo e ne e le le behoang motheong oa mohaho. Ho ne ho khethoa lejoe le thata ka ho fetisisa la sekhutlo bakeng sa mehaho ea sechaba le marako a motse. Poleloana ena e sebelisitsoe ka Bibeleng ha ho buuoa ka ha lefatše le thehoa. Ha ho buuoa ka Jesu ho thoe ke “lejoe la sekhutlo la motheo” la phutheho ea Bokreste e tšoantšoang le ntlo ea Molimo.—Ef 2:20; Job 38:6.
Lekhetho.
Lekuka.
Lekunutu le halalelang.
Leloala (Tšiloana).
Tšiloana ke lejoe le selika-likoe le behoang holim’a le leng le tšoanang le lona ’me le ne le sebelisetsoa ho sila lijo-thollo hore e be phofo. Thupa e neng e kenngoa bohareng ba lejoe le ka tlase e ne e thusa lejoe le ka holimo hore le khone ho bilika. Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, malapeng a mangata bo-’mè ba ne ba sebelisa maloala a letsoho. Kaha malapa a ne a sebelisa leloala haholo hore a be le seo a ka se jang, Molao oo Molimo a neng a o file Moshe o ne o thibela motho hore a nkele e mong leloala e le bopaki ba hore o tla mo patala. Maloala a maholo a ne a bilikisoa ke liphoofolo.—De 24:6; Mar 9:42.
Lenaka.
Lengana.
Ke limela tse fapaneng tse babang le tse nkhang hamonate. Ka Bibeleng lengana le sebelisoa ka tsela ea tšoantšetso ho hlalosa litla-morao tse bohloko tsa boitšoaro bo bobe, bokhoba, ho hloka toka le bokoenehi. Ho Tšenolo 8:11 “lengana” le bolela ntho e babang le e nang le chefo.—De 29:18; Pr 5:4; Jer 9:15; Amo 5:7.
Lengeloi le ka sehloohong.
Lepera; Molepera.
Ke boloetse bo kotsi ba letlalo. Ka Bibeleng ha ho buuoa ka lepera ha ho buuoe ka boloetse boo kajeno bo tsejoang ka lebitso leo hobane le ne le sa tšoare batho feela empa le ne le tsoa liaparong le matlong. Ha motho a tšoeroe ke lepera o bitsoa molepera.—Le 14:54, 55; Lu 5:12.
Leptone.
Ke cheletana ea koporo kapa ea boronse eo Bajuda ba neng ba e sebelisa ka nako eo ’me ho buuoa ka eona Mangolong a Segerike a Bakreste. (Mar 12:42; Lu 21:2; linaletsana.)—Sheba Ntlha ea B14.
Leqhalaha.
Ke monna ea faotsoeng. Banna bao ba ne ba sebetsa matlong a borena e le bahlokomeli kapa ba hlokomela mofumahali le lirethe. Hape lentsoe leo le bolela motho ea neng a sebetsa ntlong ea morena le haeba a ne a sa faoloa. Lentsoe leo le sebelisoa ka tsela ea tšoantšetso ha ho buuoa ka ‘ba ikentseng maqhalaha ka lebaka la ’Muso,’ e leng motho ea bontšang boitšoaro e le hore a ka sebeletsa Molimo haholoanyane.—Mat 19:12; Est 2:15; Lik 8:27.
Lequloana.
Ke sehlopha sa batho ba khomaretseng thuto e itseng ebile se e-na le moeta-pele le tumelo ea sona. Lentsoe lena le sebelisoa ha ho buuoa ka lihlopha tse peli tse tummeng tsa bolumeli ba Sejuda e leng sa Bafarisi le Basaduse. Batho bao e seng Bakreste ba ne ba boetse ba re Bakreste ke “lequloana” kapa “lequloana la Banazaretha.” Ho ka etsahala hore ba ne ba ba bitsa joalo hobane ba nahana hore ba ikarola bolumeling ba Sejuda. Ha nako e ntse e ea, ho ile ha e-ba le maquloana ka phuthehong ea Bokreste. Lengolo la Tšenolo le bua ka “lequloana la Nikolase.”—Lik 5:17; 15:5; 24:5; 28:22; Tše 2:6; 2Pe 2:1.
Lerato le tšepahalang.
Hangata ke poleloana e fetoletsoeng ho tsoa lentsoeng la Seheberu e leng cheʹsedh ’me e bua ka lerato leo motho a le bontšang hobane a ikemiselitse, a tšepahala a bile a rata motho e mong haholo. E sebelisoa haholo ha ho hlalosoa tsela eo Molimo a ratang batho ka eona empa e boetse e hlalosa lerato leo batho ba ratanang ka lona.—Ex 34:6; Ru 3:10.
Lere la borena.
Lesela le hoashang.
Letekatse.
Ke motho ea etsang thobalano le motho ea sa nyalanang le eena ka morero oa ho batla chelete. (Lentsoe la Segerike e leng porʹne, le fetoletsoeng e le “letekatse” le tsoa lentsoeng le bolelang “ho rekisa.”) Lentsoe lena le sebelisoa haholo ha ho buuoa ka basali le hoja Bibele e bua le ka matekatse a banna. Molao oa Moshe o ne o hanyetsa matekatse kapa batho ba rekisang ’mele ’me chelete e patetsoeng letekatse, ho ne ho ke ke ha ntšoa monehelo ka eona sehalalelong sa Jehova. Sena se fapane le litloaelo tsa bahetene ba neng ba sebelisa matekatse ho ba le chelete. (De 23:17, 18; 1Ma 14:24) Bibele e sebelisa lentsoe lena ka tsela ea tšoantšetso ha e bua ka batho, lichaba kapa mekhatlo e kenellang borapeling ba litšoantšo empa e ipitsa barapeli ba Molimo. Mohlala, mokhatlo oa bolumeli o bitsoang “Babilona e Moholo” o hlalosoa e le letekatse lengolong la Tšenolo kaha o ikopantse le babusi ba lefatše lena hobane o batla matla le maruo.—Tše 17:1-5; 18:3; 1Kr 5:25.
Letjeketjane.
Ke khoele ea letlalo kapa mohala o entsoeng ka mesifa ea phoofolo, joang kapa boea. Bohareng ba lona ho na le karolo eo u khonang ho kenya lejoe ho eona. Motho o ne a tlamella karolo e ’ngoe ea letjeketjane letsohong la hae ’me karolo e ’ngoe o ne a e tšoara ka lona letsoho leo ebe oa e tlohela ha a qeta ho e bilikisa. Lichaba tsa mehleng ea boholo-holo li ne li e-na le masole a sebelisang matjeketjane.—Bhl 20:16; 1Sa 17:50.
Letša la mollo.
Ke sebaka sa tšoantšetso se tukang sa “mollo le sebabole.” Se boetse se hlalosoa e le “lefu la bobeli.” Baetsalibe ba sa bakeng, Diabolose, lefu le Lebitla (kapa Hadese) li lahleloa ho lona. Taba ea hore ho buuoa ka sebopuoa sa moea hammoho le lefu le Hadese e leng lintho tse ke keng tsa chesoa ke mollo, e bontša hore letša leo ke la tšoantšetso. Ha se sebaka seo batho ba chesoang ho sona ka ho sa feleng. Ho e-na le hoo, le bolela ho felisoa ka ho sa feleng.—Tše 19:20; 20:14, 15; 21:8.
Letsatsi la ha khoeli e qala.
Ke letsatsi la pele la khoeli e ’ngoe le e ’ngoe k’halendareng ea Bajuda, e ne e le letsatsi la ho bokana hammoho, ho keteka le ho etsa mahlabelo a khethehileng. Hamorao letsatsi lena le ile la nkoa e le letsatsi la mokete oa bohlokoa sechabeng ’me batho ba ne ba sa sebetse ka letsatsi lena.—Nu 10:10; 2Kr 8:13; Kol 2:16.
Letsatsi la ho itokisetsa Sabatha.
Ke letsatsi le tlang pele ho Sabatha, leo Bajuda ba neng ba etsa lintho tse hlokahalang e le hore ba itokisetse Sabatha. Le ne le fela ha letsatsi le likela ka letsatsi leo kajeno le bitsoang Labohlano ’me ka nako eo ho ne ho qala letsatsi la Sabatha. Letsatsi la Bajuda le ne le qala mantsiboea ’me le fela mantsiboea a letsatsi le latelang.—Mar 15:42; Lu 23:54.
Letsatsi la kahlolo.
Ke letsatsi le itseng kapa nako ea ha Molimo a ahlola lihlopha tsa batho, lichaba kapa batho ka kakaretso. E ka ’na eaba ke nako eo batho ba ahloletsoeng lefu ba bolaoang ka eona kapa kahlolo eo e ka ’na ea fa ba bang monyetla oa hore ba pholosoe ’me ba fumane bophelo bo sa feleng. Jesu Kreste le baapostola ba hae ba ile ba bua ka “Letsatsi la Kahlolo” le tlang ha ho tla be ho ahloloa batho ba phelang le ba shoeleng.—Mat 12:36.
Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tšoareloa Libe.
Ke letsatsi le halalelang la bohlokoa ka ho fetisisa ho Baiseraele. Le boetse le bitsoa Yom Kippur, e tsoang lentsoeng la Seheberu e leng yohm hak·kip·pu·rimʹ le bolelang “letsatsi la ho koahela.” Letsatsi lena e ne e le letsatsi la leshome la khoeli ea Ethanime. Ke lona feela letsatsi la selemo leo ka lona moprista ea phahameng a neng a kena ka Sehalalelisisong sa tabernakele le sa tempele. Ha a le ka moo o ne a nyehela mali a mahlabelo a libe tsa hae, tsa Balevi le tsa sechaba. Ka letsatsi leo ho ne ho tšoaroa kopano e halalelang, sechaba se itima lijo ebile e le sabatha. Ho ne ho sa etsoe mosebetsi ofe kapa ofe.—Le 23:27, 28.
Letsibolo.
Lentsoe lena le ne le hlalosa ngoana oa moshanyana oa pele lehlakoreng la Ntate (le ne le sa hlalose letsibolo lehlakoreng la ’Mè). Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, mora oa letsibolo o ne a nkoa e le motho oa bohlokoa ka lapeng ’me e ne e e-ba eena hlooho ea lelapa ha ntate oa hae a hlokahala. Lentsoe lena le ne le boetse le hlalosa matsibolo a matona a liphoofolo.—Ex 11:5; 13:12; Ge 25:33; Kol 1:15.
Levi; Molevi.
Ke mora oa boraro oa Jakobo le mosali oa hae Lea, hape ke lebitso la leloko le reheletsoeng ka eena. Bara ba hae ba bararo ke bona ba pele ba ileng ba theha lihlopha tse tharo tsa Balevi. Ka linako tse ling lentsoe “Balevi” le sebelisoa ha ho buuoa ka leloko lohle empa hangata ha le akareletse lelapa la boprista la Arone. Naheng e Tšepisitsoeng, leloko la Levi le ne le sa abeloa naha empa le ne le fuoe metse e 48 likarolong tsa naha tse neng li abetsoe maloko a mang.—De 10:8; 1Kr 6:1; Heb 7:11.
Leviathane.
Ke phoofolo ea metsing. Ho Jobo 3:8 le 41:1 ho bonahala eka ho buuoa ka koena kapa ka phoofolo e ’ngoe e kholo e matla, e lulang metsing. Ho Pesaleme ea 104:26, e ka ’na eaba ho buuoa ka mofuta o itseng oa leruarua. Litemaneng tse ling e sebelisitsoe ka tsela ea tšoantšetso ’me ha e amane le phoofolo leha e le efe.—Ps 74:14; Esa 27:1.
Libano.
Ke motsoako oa mefuta ea mamina a sefate kapa boroku bo nkhang hamonate le mefuta ea libalsame tse neng li chesoa hore li nkhe hamonate. Ho ne ho e-na le libano tse khethehileng tse entsoeng ka metsoako e mene, tse neng li sebelisoa tabernakeleng le tempeleng. Li ne li chesoa hoseng le mantsiboea aletareng ea libano ka Sehalalelong ’me ka Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tšoareloa Libe li ne li chesetsoa ka Sehalalelisisong. Li ne li bontša hore Molimo o amohela lithapelo tsa bahlanka ba hae ba tšepahalang. Bakreste ba ne ba sa hloke ho sebelisa libano.—Ex 30:34, 35; Le 16:13; Tše 5:8.
Libano tse tšoeu.
Ke boroku (mamina a sefate) bo tsoang lifateng le lihlahleng tsa mofuta oa Boswellia. Ha li chesoa li ne li ntša monko o monate. Li ne li sebelisoa ha ho etsoa libano tse halalelang tse neng li sebelisoa tabernakeleng le tempeleng. Li ne li isoa le linyehelo tsa lijo ’me li behoa moo bohobe ba pontšo bo neng bo behoa teng ka Sehalalelong.—Ex 30:34-36; Le 2:1; 24:7; Mat 2:11.
Lihlomo.
Ke liaparo tseo masole a neng a li apara tse neng li a sireletsa. E ne e le helmete, seaparo sa tšepe se nang le makhakhapha, lebanta, litšireletso tsa meomo le thebe.—1Sa 31:9; Ef 6:13-17.
Lijo-thollo.
Ke lijo tse kotutsoeng masimong tse kang koro kapa harese.
Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena.
Lijo tsena li akareletsa bohobe bo se nang tomoso le veine tse tšoantšetsang ’mele oa Kreste le mali a hae. Ke sehopotso sa lefu la Jesu. Ketsahalo ena e bitsoa “Sehopotso” hobane Bibele e laela Bakreste hore ba e hopole.—1Ko 11:20, 23-26.
Likepe tsa Tarshishe.
Qalong lentsoe lena le ne le sebelisoa ha ho buuoa ka likepe tse neng li ea Tarshishe ea mehleng ea khale (hona joale e bitsoa Spain). Ho bonahala eka poleloana ena e ile ea qetella e se e le lebitso la likepe tse kholo tse nkang maeto a malelele. Solomone le Josafate ba ile ba sebelisa likepe tsena ha ba ne ba etsa khoebo.—1Ma 9:26; 10:22; 22:48.
Likerubime.
Ke mangeloi a boemo bo phahameng a nang le mosebetsi o khethehileng. A fapane le lirafime.—Ge 3:24; Ex 25:20; Esa 37:16; Heb 9:5.
Likhoele tse lohang.
Tsena ke likhoele tsa mefuta e ’meli tse kopanngoang hammoho ho etsa lesela.—Bhl 16:13; Le 13:59.
Limpho tsa mohau.
Ke limpho tse neng li fuoa motho ea hlokang. Mangolo a Seheberu ha a bue ka limpho tsena ka ho toba. Leha ho le joalo, Molao o neng o filoe Moshe o ne o laela Baiseraele ka ho hlaka hore ba lokela ho thusa bafutsana.—Mat 6:2.
Lintho tse timang mollo.
Ke lithulusi tse neng li sebelisoa tabernakeleng le tempeleng. Li ne li entsoe ka khauta kapa koporo. Mohlomong li ne li tšoana le likere ’me li sebelisetsoa ho tima mollo ka ho khaola khoele ea lebone.—2Ma 25:14.
Lipane tsa mollo.
Ke lisebelisoa tse neng li entsoe ka khauta, silevera kapa koporo. Li ne li sebelisoa tabernakeleng le tempeleng ho chesa libano, ho tlosa mashala aletareng ea mahlabelo le ho ntša likhoele tsa mabone ka har’a liluloana tsa mabone tsa khauta. Li ne li boetse li bitsoa lipitsa tsa ho chesetsa libano.—Ex 37:23; 2Kr 26:19; Heb 9:4.
Lirafime.
Litaba tse monate.
Literafime.
Ke melimo kapa litšoantšo tse rapeloang tsa lelapa. Ka linako tse ling batho ba ne ba li rapela ha ba batla ho tseba bokamoso. (Eze 21:21) Litšoantšo tse ling li ne li bopehile joaloka batho ebile li lekana le bona ’me tse ling li le nyenyane haholo. (Ge 31:34; 1Sa 19:13, 16) Lintho tseo baepolli ba lintho tsa khale ba li fumaneng Mesopotamia li bontša hore ho ba le litšoantšo tsa literafime ho ne ho bolela hore ke mang ea tla fumana lefa la lelapa. (Ho ka etsahala hore ke lona lebaka le entseng hore Ragele a nke literafime tsa ntate oa hae.) Le hoja borapeli ba litšoantšo tsa literafime bo ne bo le teng mehleng ea baahloli le marena, ntho ena e ne e sa etsoe Iseraele. Literafime tsena ke tse ling tsa lintho tseo Morena Josiase a ileng a li felisa.—Bhl 17:5; 2Ma 23:24; Hos 3:4.
Lithaba tsa Lebanone.
E ’ngoe ea lithaba tse peli tse atamelaneng har’a lithaba tsa naha ea Lebanone. Thaba e ’ngoe e ka bophirimela ’me e ’ngoe e ka bochabela. Li aroloa ke khohlo e telele e nang le mobu o nonneng. Lithaba tseo li qala haufi le lebopo la Mediterranean ’me thaba e telele har’a tsona e ka ba bolelele ba limithara tse 3 000. Mehleng ea boholo-holo, naha ea Lebanone e ne e e-na le lifate tse kholo tsa kedare, tseo batho ba lichaba tse haufi ba neng ba li reka ka chelete e ngata. (De 1:7; Ps 29:6; 92:12)—Sheba Ntlha ea B7.
Litholoana tsa pele.
Ke lijo tse butsoang pele ka nako ea kotulo kapa lihlahisoa tsa pele tsa ntho leha e le efe. Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba mo fe litholoana tsa pele, ebang ke batho, liphoofolo kapa lihlahisoa tse jaloang. Baiseraele ba ne ba fa Molimo litholoana tsa pele ka nako ea Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso le ka Pentekonta. Mantsoe “litholoana tsa pele” a boetse a sebelisoa ka tsela ea tšoantšetso ha ho buuoa ka Kreste le balateli ba hae ba tlotsitsoeng.—1Ko 15:23; Nu 15:21; Pr 3:9; Tše 14:4.
Litlamo.
Litsie.
Ke mefuta ea marutle a tsamaeang ka lihlopha tse kholo. Ho ea ka Molao oo Molimo a neng a o file Moshe, batho ba ne ba ka li ja hobane li ne li hloekile. Marutle a neng a tsamaea ka lihlopha tse kholo a ja ntho e ’ngoe le e ’ngoe a bile a baka tšenyo e kholo moo a fetileng teng, a ne a nkoa e le kotlo.—Ex 10:14; Mat 3:4.
Litšoantšo; Borapeli ba litšoantšo.
Ke litšoantšo tseo batho ba ka li sebelisang ha ba rapela, tse emelang ntho leha e le efe eo motho a khonang ho e bona kapa eo a e nahanang. Borapeli ba litšoantšo ke ho hlompha, ho rata, ho rapela kapa ho tlotla molimo oa setšoantšo.—Ps 115:4; Lik 17:16; 1Ko 10:14.
Loge.
Ke sesebelisoa se senyenyane haholo se lekanyang lintho tse metsi seo ho buuoang ka sona ka Bibeleng. Ho ea ka molao le litloaelo tsa boholo-holo tsa Bajuda, loge ke karolo e le ’ngoe ho tse 12 tsa hine, kahoo ha ho sebelisoa tekanyo eo, loge e ka lekana le lilithara tse 0,31. (Le 14:10)—Sheba Ntlha ea B14.
Loli.
Ke semela se tšoanang le lehlaka se hlahang metsing se neng se sebelisetsoa ho etsa libaskete, lijana le likepe. Se ne se boetse se sebelisetsoa ho etsa ntho e kang pampiri eo ho neng ho ngolloa ho eona ebile ho ne ho etsoa meqolo ka sona.—Ex 2:3.
Lotho.
Majoe a manyenyane a boreleli kapa likotoana tsa lepolanka kapa lejoe, tse neng li sebelisoa ha ho etsoa liqeto. Li ne li kenngoa lemenong la seaparo kapa ka har’a sejana ebe lia tsukutloa. Lotho e neng e oa kapa e ntšoa ke eona e neng e khethoa. Hangata ho ne ho rapeloa ha ho etsoa sena. Lentsoe “lotho” le ka sebelisoa ka tsela ea sebele kapa ea tšoantšetso ho bolela “karolo” kapa “kabelo.”—Jos 14:2; Ps 16:5; Pr 16:33; Mat 27:35.
M
Macedonia.
Ke sebaka se ka leboea ho Greece se ileng sa tuma haholo mehleng ea Alexandere e Moholo ’me se ile sa lula se ikemetse ho fihlela se hloloa ke Baroma. E ne e le profinse ea Roma ha moapostola Pauluse a ne a etetse Europe ka lekhetlo la pele. O ile a etela naha eo ka makhetlo a mararo. (Lik 16:9)—Sheba Ntlha ea B13.
Maele.
Ke mantsoe a bohlale kapa lipolelo tse khutšoane tse rutang kapa tse hlalosang ’nete ea bohlokoa. Maele a Bibele a ka hlaha e le polelo e makatsang kapa selotho. Maele a hlalosa ’nete ka mantsoe a bontšang maikutlo ’me hangata e le mokhabo-puo. Mantsoe a mang a ile a fetoha puo e tloaelehileng e somang kapa e nyatsang batho ba itseng. (Moe 12:9; 2Pe 2:22) Mangolong a Segerike a Bakreste ho Matheu 5:41, ho sebelisitsoe lealingoa kapa lereho-molata moo ho buuoang ka tekanyo ea bolelele e bitsoang maele ’me le hlaha temaneng ena feela. Temana eo e ka ’na eaba e bua ka limaele tsa Roma tse lekanang le limithara tse 1 479,5.—Sheba Ntlha ea B14.
Mahalathe.
Ho bonahala e le lentsoe le sebelisoang ’minong le hlahang sehloohong sa Pesaleme ea 53 le 88. Ho ka etsahala hore le amana le leetsi la Seheberu le bolelang “ho fokola kapa ho kula” hape le fetisa maikutlo a ho sareloa kapa ho utloa bohloko e leng se lumellanang le mantsoe a lipina tseo tse peli tse hlomolang pelo.
Mahlomola a maholo.
Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “mahlomola” le bolela ho tšoenyeha kapa ho utloa bohloko ka lebaka la khatello e bakoang ke maemo a itseng. Jesu o ile a bua ka “mahlomola a maholo” a e-s’o ka a e-ba teng a neng a tlela Jerusalema empa haholo-holo a neng a tla tlela batho bohle nakong e tlang ‘ha a tla ka khanya.’ (Mat 24:21, 29-31) Pauluse o ile a hlalosa mahlomola ao e le ntho e lokileng eo Molimo a tla e etsa “ho batho ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse monate” tse buang ka Jesu Kreste. Tšenolo Khaolo ea 19 e hlalosa Jesu a eteletse pele mabotho a leholimo a hlaselang “sebata, marena a lefatše le mabotho a marena a lefatše.” (2Th 1:6-8; Tše 19:11-21) “Bongata bo boholo” bo tla pholoha mahlomola ao. (Tše 7:9, 14)—Sheba ARMAGEDONE.
Malkame.
Manaka a aletare.
Lintho tse shebahalang joaloka manaka a shebileng ka ntle, tse neng li le lik’honeng tse ’nè tsa lialetare tse ling. (Le 8:15; 1Ma 2:28)—Sheba Ntlha ea B5 le ea B8.
Mangeloi.
Lentsoe lena le tsoa lentsoeng la Seheberu e leng mal·ʼakhʹ le la Segerike e leng agʹge·los. Ha e le hantle mantsoe ana ka bobeli a bolela “moromuoa” empa ho sebelisoa lentsoe “lengeloi” ha ho buuoa ka baromuoa ba Molimo ba phelang leholimong. (Ge 16:7; 32:3; Jak 2:25; Tše 22:8) Mangeloi a matla ’me Molimo o a bopile khale pele a bopa batho. Ka Bibeleng a boetse a bitsoa “limiriade tse halalelang,” “bara ba Molimo” le “linaleli tsa hoseng.” (De 33:2; Job 1:6; 38:7) Molimo ha aa etsa hore mangeloi a khone ho ba le bana empa o bopile le leng le le leng ka boeena. Mangeloi a feta limilione tse 100 ka bongata. (Dan 7:10) Bibele e bontša hore lengeloi le leng le le leng le na le lebitso ebile a na le botho bo fapaneng. Leha ho le joalo a hana ho rapeloa ebile a mangata ha a ipolele ka mabitso. (Ge 32:29; Lu 1:26; Tše 22:8, 9) Maemo a ’ona ha a tšoane ebile a fuoe mesebetsi e sa tšoaneng e kang ho sebetsa ka pel’a terone ea Jehova, ho fana ka melaetsa e tsoang ho eena, ho thusa bahlanka ba Jehova ba lefatšeng, ho phethahatsa likahlolo tsa Molimo le ho tšehetsa mosebetsi oa ho bolela litaba tse monate. (2Ma 19:35; Ps 34:7; Lu 1:30, 31; Tše 5:11; 14:6) Nakong e tlang a tla thusa Jesu ntoeng ea Armagedone.—Tše 19:14, 15.
Mangolo.
Manna.
Ke lijo tseo Baiseraele ba neng ba li ja ha ba ne ba le lefeelleng ka lilemo tse 40. Ke Jehova ea neng a ba file ’ona. A ne a hlaha ka mohlolo tlas’a phoka hoseng ho hong le ho hong empa a ne a sa be teng ka letsatsi la Sabatha. Ka lekhetlo la pele ha Baiseraele ba a bona ba ile ba re, “Ntho ee ke’ng?” kapa ka Seheberu “man huʼ?” (Ex 16:13-15, 35) Litemaneng tse ling a bitsoa “lijo tsa leholimo” (Ps 78:24), “bohobe bo tsoang leholimong” (Ps 105:40) le “bohobe ba linatla.” (Ps 78:25) Jesu le eena o ile a bua ka manna ka tsela ea tšoantšetso.—Joh 6:49, 50.
Maskile.
Ke lentsoe la Seheberu leo ho sa tsebahaleng hantle hore na le bolela’ng le hlahang lihloohong tsa lipesaleme tse 13. E ka ’na eaba le bolela “thothokiso ea ho nahanisisa.” Batho ba bang ba nahana hore lentsoe le tšoanang le lona le fetoletsoeng e le ‘ho sebeletsa hantle,’ e ka ’na eaba le bolela ntho e le ’ngoe le lona.—2Kr 30:22; Ps 32:Shl.
Matlalo a ho ngolla.
Ke matlalo a lokisitsoeng e le hore ho ka ngolloa ho ’ona, ke a linku, lipoli kapa a namane. Matlalo ana a thata ho feta loli ’me a ne a sebelisetsoa ho etsa meqolo ea Bibele. Matlalo a ho ngolla ao Pauluse a ileng a re Timothea a tle le ’ona ho ka etsahala hore e ne e le a mang a Mangolo a Seheberu. Meqolo e meng e ileng ea fumanoa Leoatleng le Shoeleng e ne e ngoletsoe holim’a matlalo ao.—2Ti 4:13.
Matlao.
Ke lithulusi tse entsoeng ka khauta tseo ho ka etsahalang hore li ne li tšoana le litong. Li ne li sebelisetsoa ho tima mabone tabernakeleng le tempeleng.—Ex 37:23.
Matlapa a Bopaki.
Ha ho buuoa ka ‘matlapa a Bopaki’ hangata ho buuoa ka Melao e Leshome e neng e fuoe Moshe e ngotsoe matlapeng a mabeli.—Ex 31:18.
Matsatsi a ho qetela (Mehla ea bofelo).
Mantsoe ao le a mang a tšoanang le ’ona a kang “nako ea bofelo,” a sebelisoa boprofeteng ba Bibele ho hlalosa nako ea ha liketsahalo tsa histori li fihla sehlohlolong. (Eze 38:16; Da 8:17; Lik 2:17) Nako eo e ka ’na ea nka lilemo tse ’maloa kapa tse ngata ho itšetlehile ka boprofeta boo ho buuoang ka bona. Hangata Bibele e sebelisa mantsoe ao ha e bua ka “matsatsi a ho qetela” a mehla eo re phelang ho eona ea ho ba teng ha Jesu a sa bonahale.—2Ti 3:1; Jak 5:3; 2Pe 3:3.
Mehla ena.
Ke tsela eo lentsoe la Segerike e leng ai·onʹ le fetoleloang ka eona ha le hlalosa lintho tse etsahalang hona joale kapa liketsahalo tse khethollang mehla e itseng. Ha Bibele e bua ka “mehla ena,” e hlalosa lintho tse etsahalang lefatšeng ka kakaretso le tsela eo batho ba phelang ka eona. (2Ti 4:10) Ha Molimo a etsa selekane sa Molao, o ne a qala mehla eo batho ba bang ba ka reng ke ea Baiseraele kapa ea Bajuda. Ha Jesu Kreste a ne a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo, o ne a sebelisoa ke Molimo ho qala mehla e fapaneng, e neng e akaretsa phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng. Ena e ne e le qalo ea mehla e mecha, eo ho eona ho neng ho tla phethahala lintho tse neng li tšoantšetsoa ke Molao oa selekane. Poleloana ena e ka boela ea hlalosa lintho tse etsahetseng kapa tse tla etsahala nakong e tlang.—Mat 12:32; 24:3; Mar 4:19; Bar 12:2; 1Ko 10:11.
Mehlolo.
Melato.
Merodake.
Ke molimo e moholo oa motse oa Babilona. Ha Hammurabi e leng morena oa Babilona le ea entseng melao ea eona a qeta ho etsa Babilona motse-moholo oa Babilonia, Merodake (kapa Marduk) o ile a tuma, hoo qetellong a ileng a tlosa melimo e mengata e neng e le teng ’me ea e-ba eena molimo e moholo har’a melimo ea Babilona. Ha nako e ntse e ea, lebitso Merodake (kapa Marduk) le ile la nkeloa sebaka ke tlotla “Belu” (“Mong’a”) ’me ho ne ho tloaelehile hore Merodake a bitsoe Bele.—Jer 50:2.
Mesia.
Metse ea setšabelo.
Ke metse ea Balevi eo motho a neng a balehela ho eona haeba a bolaile motho e se ka morero. Motho ea bolaileng e mong e se ka morero o ne a ka balehela teng e le hore a sireletsoe ho motho ea amanang le motho eo a mo bolaileng. Moshe le Joshua ba ile ba khetha metse e tšeletseng ea setšabelo Naheng e Tšepisitsoeng ba tataisoa ke Jehova. Ha motho ea bolaileng a fihla motseng oa setšabelo, o ne a bolella baholo ba motse oo ntho e etsahetseng ebe baa mo amohela. Nyeoe ea motho ea balehetseng motseng oa setšabelo e ne e bueloa motseng oo a bolaetseng ho oona e le ho paka hore ha a bolaea ka morero. Ho etsa joalo ho ne ho thibela batho ba bolaileng ka morero hore ba nke monyetla ebe ba baleha kotlo. Haeba motho a ne a fumanoa a se molato oa ho bolaea ka morero, o ne a khutlisetsoa motseng oa setšabelo ’me o ne a lokela ho lula moo bophelo bohle ba hae kapa ho fihlela moprista ea phahameng a shoa.—Nu 35:6, 11-15, 22-29; Jos 20:2-8.
Miktame.
Milkome.
Mina.
E boetse e bitsoa mane ho Ezekiele. E sebelisetsoa ho lekanya boima le boleng ba ntho e itseng. Ho ea ka bopaki ba baepolli ba lintho tsa khale ba hore mina e lekana le lishekele tse 50 le hore shekele e boima ba likramo tse 11,4, seo se bolela hore mina e hlahang Mangolong a Seheberu e boima ba likramo tse 570. Hape ho ka etsahala hore ho ne ho e-na le mina ea boreneng, feela joalokaha ho ne ho le joalo le ka setsoe. Mangolong a Segerike a Bakreste, mina e ne e lekana le lidrakema tse 100. E ne e le boima ba likramo tse 340. Limina tse 60 li lekana le talenta. (Esd 2:69; Lu 19:13)—Sheba Ntlha ea B14.
Mira.
Ke mamina a sefate kapa boroku bo nkhang hamonate bo fumanoang lihlabahlabaneng tse sa tšoaneng kapa lifateng tse nyenyane tsa Commiphora. Mira e ne e le o mong oa metsoako e etsang oli e halalelang e tlotsang. E ne e sebelisoa ho nkhisa lintho tse kang liaparo le libethe hamonate. Hape e ne e tsoakoa le oli ho etsa setlolo se sililang le se tlotsang ’mele. Mira e ne e boetse e sebelisoa ha ho lokisoa setopo bakeng sa lepato.—Ex 30:23; Pr 7:17; Joh 19:39.
Moapostola.
Moea.
Lentsoe la Seheberu e leng neʹphesh le la Segerike e leng psy·kheʹ le fetoletsoe e le “moea” Libibeleng tse ling tsa Sesotho. Leha ho le joalo, eo ha se eona tsela e nepahetseng ea ho fetolela mantsoe ao hobane a lumellana le thuto ea bohata ea hore moea ha o shoe. Ha e le hantle, mantsoe ao a bolela (1) batho, (2) liphoofolo kapa (3) bophelo ba batho kapa ba liphoofolo. (Ge 1:20; 2:7; Nu 31:28; 1Pe 3:20) Bibeleng ena mantsoe ao a Seheberu le a Segerike a fetoletsoe ho ea ka hore na ho buuoa ka eng temaneng e ’ngoe le e ’ngoe. Mantsoe ana a fetoletsoe e le “bophelo,” “sebopuoa” kapa “motho.” Mantsoe ao a boetse a bolela motho ea shoeleng kapa setopo. (Nu 6:6; Hag 2:13) Ha ho buuoa ka ho etsa ntho ka moea oohle ho bolela ho e etsa ka pelo eohle kapa ka sohle seo motho a nang le sona. (De 6:5; Mat 22:37) Ho boetse ho na le lentsoe la Seheberu ruʹach le la Segerike pneuʹma. Hangata a fetoleloa e le “moea” ’me a na le meelelo e fapaneng. Mantsoe ana a bolela lintho tseo batho ba sa khoneng ho li bona empa ho e-na le bopaki ba hore ho na le matla ho tsona. Mantsoe ana a Seheberu le a Segerike a sebelisoa ha ho buuoa ka (1) moea o fokang, (2) matla a bophelo ao libopuoa tse phelang lefatšeng li nang le ’ona, (3) maikutlo ao motho a nang le ’ona a mo susumetsang hore a bue kapa a etse lintho ka tsela e itseng, (4) melaetsa e tsoang ho mangeloi, (5) mangeloi le (6) matla a Molimo kapa moea o halalelang.—Ex 35:21; Ps 104:29; Lu 11:13.
Moea o halalelang.
Moeta-pele e Moholo.
Ke poleloana ea Segerike e bolelang “Moeta-pele ea ka Sehloohong.” Poleloana ena e sebelisoa ha ho buuoa ka mosebetsi oa bohlokoa oo Jesu Kreste a o etsang oa ho lopolla batho ba tšepahalang litla-moraong tse tlisoang ke sebe le ho etsa hore ba fumane bophelo bo sa feleng.—Lik 3:15; 5:31; Heb 2:10; 12:2.
Mofumahali oa Leholimo.
Ke tlotla ea molimo oa mosali ea neng a rapeloa ke Baiseraele ba bakoenehi mehleng ea Jeremia. Batho ba nahana hore lebitso lena le bua ka molimo oa mosali oa Bababilona ea bitsoang Ishtar (Astarte). Lebitso la molimo e mong oa Sumeria ea bitsoang Inanna le bolela “Mofumahali oa Leholimo.” Ntle le hore o amahanngoa le leholimo, o ne a boetse e le molimo eo ho neng ho lumeloa hore o etsa hore basali ba ime. Hape Astarte o bitsoa “Mosali oa Leholimo” mengolong ea Egepeta.—Jer 44:19.
Mohanyetsi oa Kreste.
Ka Segerike lentsoe lena le bolela lintho tse peli. Le bolela motho ea hanyetsang kapa ea khahlanong le Kreste. Hape le ka bolela motho ea iketsang Kreste. Bahanyetsi ba Kreste e ka ba mekhatlo kapa batho ba reng ke baemeli ba Kreste, ba reng ke bo-Mesia kapa ba hanyetsang Kreste le barutuoa ba hae.—1Jo 2:22.
Mohlanka ea sebeletsang.
Mantsoe ao a tsoa lentsoeng la Segerike e leng di·aʹko·nos, leo hangata le fetoleloang e le “mosebeletsi” kapa “mohlanka.” “Mohlanka ea sebeletsang” ke motho ea thusang sehlopha sa baholo ka phuthehong. O lokela ho etsa lintho ka tsela eo Bibele e reng batho ba fuoang mosebetsi ona ba lokela ho li etsa ka eona.—1Ti 3:8-10, 12.
Moholo; Monna e moholo.
Ke monna ea holileng lilemong. Ka Bibeleng ha ho buuoa ka moholo kapa monna e moholo, ho buuoa ka motho ea nang le matla a bolaoli le boikarabelo bo itseng sechabeng. Lentsoe “moholo” le boetse le sebelisitsoe ka bukeng ea Tšenolo ha ho buuoa ka mangeloi. Ka Segerike lentsoe moholo ke pre·sbyʹte·ros, le bolela batho ba nang le boikarabelo ba ho etella pele ka phuthehong.—Ex 4:29; Pr 31:23; 1Ti 5:17; Tše 4:4.
Mojuda.
Ke lentsoe le neng le hlalosa motho ea tsoang lelokong la Juda ka mor’a hore ’muso oa Iseraele oa maloko a leshome o oe. (2Ma 16:6) Ka mor’a hore Baiseraele ba tsoe botlamuoeng Babilona, batho ba tsoang malokong ’ohle a Iseraele ba neng ba khutletse Iseraele ba ne ba bitsoa ka lebitso lena. (Esd 4:12) Hamorao le ile la sebelisoa lefatšeng lohle ho khetholla Baiseraele ho batho ba lichaba tse ling. (Est 3:6) Hape moapostola Pauluse o ile a sebelisa lentsoe leo ka tsela ea tšoantšetso ha a ne a hlalosa hore ka phuthehong ea Bokreste ha ho na sechaba se phahametseng se seng.—Bar 2:28, 29; Gal 3:28.
Mokete oa Kotulo; Mokete oa Libeke.—
Sheba PENTEKONTA.
Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso.
Ke mokete oa pele meketeng e meraro ea bohlokoa eo Baiseraele ba neng ba lokela ho e keteka selemo le selemo. O ne o qala ka la 15 Nisane e leng letsatsi ka mor’a Paseka ebe o nka matsatsi a supileng. Moketeng oo ho ne ho jeoa bohobe bo se nang tomoso feela e le ho ikhopotsa letsatsi leo ba neng ba lokolloa Egepeta ka lona.—Ex 23:15; Mar 14:1.
Mokete oa Maphephe.
O boetse o bitsoa Mokete oa Litabernakele kapa Mokete oa ho Bokella. O ne o tšoaroa ka la 15 ho ea ho la 21 khoeling ea Ethanime. Baiseraele ba ne ba o tšoara ha ba keteka kotulo qetellong ea selemo sa temo. E ne e le nako ea ho thaba le ho leboha Jehova ka ho ba thusa hore lijalo tsa bona li atlehe kapa hore ho be le chai. Ka matsatsi a mokete, batho ba ne ba lula maphepheng a ruletsoeng ka makala a lifate ho ikhopotsa letsatsi leo ba tsoileng Egepeta ka lona. Mokete ona ke o mong oa e meraro eo banna ba Baiseraele ba neng ba lokela ho ea Jerusalema ho e’o o keteka.—Le 23:34; Esd 3:4.
Mokete oa Nehelo.
Ke letsatsi le neng le ketekoa hanngoe ka selemo ha ho ne ho hopoloa letsatsi la ho hloekisa tempele ka mor’a hore Antiochus Epiphanes a e silafatse. Mokete ona o ne o qala ka la 25 khoeling ea Kisleve ’me o nka matsatsi a robeli.—Joh 10:22.
’Moko.
Mokotlana oa sefuba.
Ke mokotlana o neng o manamisitsoe majoe a bohlokoa oo moprista ea phahameng oa Baiseraele a neng a o beha sefubeng ka linako tsohle ha a ea ka Sehalalelong. O ne o bitsoa “mokotlana oa sefuba oa kahlolo” hobane o ne o e-na le Urime le Thumime tse neng li sebelisoa ho tsebisa sechaba hore na Jehova o fane ka kahlolo efe. (Ex 28:15-30)—Sheba Ntlha ea B5.
Mokreste.
Ke lebitso leo Molimo a le fileng balateli ba Jesu Kreste.—Lik 11:26; 26:28.
Molao.
Hangata ha lentsoe lena le qala ka tlhaku e kholo, le bolela Molao oo Molimo a o fileng Moshe kapa libuka tse hlano tse qalang tsa Bibele. Ha le qala ka tlhaku e nyenyane, ho ka etsahala hore le bua ka melao e hlahang Molaong oo Molimo a o fileng Moshe kapa ho ka etsahala hore ke molao-motheo.—Nu 15:16; De 4:8; Mat 7:12; Gal 3:24.
Molaoli.
Molao oa Moshe.
Molebeli.
Ke monna ea filoeng boikarabelo ba ho hlokomela le ho lisa phutheho. Moelelo o ka sehloohong oa lentsoe la Segerike e leng e·piʹsko·pos ke ho sireletsa le ho tataisa. Mantsoe a reng “molebeli” le “moholo” (pre·sbyʹte·ros) a bolela boikarabelo bo tšoanang ka phuthehong ea Bokreste. Lentsoe “moholo” le bontša makhabane ao motho ea khethiloeng a nang le ’ona ’me lentsoe “molebeli” lona le bua haholo ka mesebetsi e akaretsoang kabelong ena. (Lik 20:28; 1Ti 3:2-7; 1Pe 5:2) Mangolong a mang, ha ho buuoa ka molebeli ho buuoa ka motho ea lulang a katile batho kapa motse hore o se ke oa hlaseloa, haholo-holo bosiu ’me ha ho ka ba le lira tse lekang ho o hlasela, oa hoeletsa ho lemosa batho. Hangata balebeli ba ne ba ema marakong a motse le litoreng hore ba bone lira li sa le hole. Ho tloaelehile hore sesoleng molebeli a bitsoe motho ea katang. Baprofeta ba ne ba sebeletsa e le balebeli ka tsela ea tšoantšetso sechabeng sa Iseraele, ba se lemosa ka timetso e tl’o tla.—2Ma 9:20; Eze 3:17.
Molepi oa linaleli.
Molimo oa ’nete.
Ke tsela eo lentsoe la Seheberu e leng “Molimo” le fetoleloang ka eona. Mangolong a mangata a Seheberu mantsoe ana a thusa motho ho utloisisa hore Jehova ke eena feela Molimo oa ’nete ’me le mo khetholla ho melimo ea bohata. Mantsoe a reng “Molimo oa ’nete” a fana ka moelelo o feletseng oa mantsoe a Seheberu a mangolong ao.—Ge 5:22, 24; 46:3; De 4:39.
Moloke.
Ke molimo oa Baamone. Ho ka etsahala hore ke ntho e le ’ngoe le Malkame le Milkome. E ka ’na eaba ke tlotla, eseng lebitso la molimo ea itseng. Molao oo Molimo a neng a o file Moshe o ne o re motho ea etsetsang Moloke mahlabelo ka bana ba hae a bolaoe.—Le 20:2; Jer 32:35; Lik 7:43.
Monazaretha.
Ke lebitso la Jesu le hlalosang hore o tsoa motseng oa Nazaretha. Ho ka etsahala hore le amana le lentsoe la Seheberu e leng “lehlomela” le sebelisitsoeng ho Esaia 11:1. Hamorao le balateli ba Jesu ba ile ba bitsoa ka lona.—Mat 2:23; Lik 24:5.
Monazari.
Ke lentsoe la Seheberu le bolelang “Ea Khethiloeng,” “Ea Inehetseng” le “Ea Arotsoeng.” Ho ne ho e-na le lihlopha tse peli tsa Banazari e leng ba neng ba ithaopela ho ba Banazari le ba neng ba khethoa ke Molimo. Monna kapa mosali o ne a ka etsa boitlamo bo khethehileng ho Jehova ba ho phela e le Monazari ho fihlela ka nako e itseng. Ba neng ba ithaopela ho etsa boitlamo bona, ba ne ba sa lokela ho etsa lintho tsena tse tharo: Ho noa joala kapa ho ja ntho leha e le efe e entsoeng ka morara, ho kuta kapa ho tšoara setopo. Ba neng ba khethiloe ke Molimo, e ne e e-ba Banazari bophelo bohle ba bona ’me Jehova o ne a ba file melao ea hore na ba phele joang.—Nu 6:2-7; Bhl 13:5.
Mongoli.
Ke mokopitsi oa Mangolo a Seheberu. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, lentsoe leo le ne le sebelisoa ha ho buuoa ka banna ba tsebang Molao. Ba ne ba hanyetsa Jesu.—Esd 7:6, nal.; Mar 12:38, 39; 14:1.
Moprista.
Ke monna ea neng a emela Molimo ka pel’a batho, a ba ruta ka Molimo le ka melao ea hae. Baprista ba ne ba emela batho ka pel’a Molimo, ba ba etsetsa mahlabelo hape e e-ba bakena-lipakeng ebile ba ba buella ho Molimo. Pele molao oa Moshe o e-ba teng, lihlooho tsa malapa e ne e le baprista ba malapa a tsona. Molaong oa Moshe, banna ba lelapa la Arone ba leloko la Levi ba ne ba sebeletsa e le baprista. Banna ba bang bohle ba Balevi e ne e le bathusi ba bona. Ha ho ne ho thehoa selekane se secha, Iseraele ea Molimo e ile ea e-ba sechaba sa baprista ’me Jesu Kreste e le Moprista ea Phahameng.—Ex 28:41; Heb 9:24; Tše 5:10.
Moprista ea phahameng.
Ho ea ka Molao oo Molimo a neng a o file Moshe, e ne e le moprista ea neng a emela batho ka pel’a Molimo a bile a okametse baprista ba bang. O boetse o bitsoa “moprista e moholo.” (2Kr 26:20; Esd 7:5) Ke eena feela ea neng a lumeletsoe ho kena ka Sehalalelisisong, e leng kamore e ka hare-hare ea tabernakele le ea tempele e ileng ea e-ba teng hamorao. O ne a kena selemo le selemo ka Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tšoareloa Libe. Jesu Kreste le eena o bitsoa “moprista ea phahameng.”—Le 16:2, 17; 21:10; Mat 26:3; Heb 4:14.
Moprista e moholo.
Ke poleloana e ’ngoe e sebelisoang ha ho buuoa ka “moprista ea phahameng” ka Mangolong a Seheberu. Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, ho bonahala poleloana ena e sebelisitsoe moo ho buuoang ka banna ba ka sehloohong har’a baprista. Mohlomong e akareletsa banna ba kileng ba sebeletsa e le baprista ba ka sehloohong nakong e fetileng le lihlooho tsa lihlopha tse 24 tsa baprista.—2Kr 26:20; Esd 7:5; Mat 2:4; Mar 8:31.
Moprofeta.
Moqolo.
Ke leqephe le lelelele le entsoeng ka letlalo kapa ka semela sa loli, le neng le ngoloa ka lehlakoreng le le leng. Hangata le ne le thateloa thupeng. Mangolo a ne a ngoloa a bile a kopiletsoa meqolong, e leng mofuta oa buka e neng e sebelisoa mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele.—Jer 36:4, 18, 23; Lu 4:17-20; 2Ti 4:13.
Mor’a motho.
Mantsoe ao a hlaha ka makhetlo a ka bang 80 Likosepeleng. A sebelisoa ha ho buuoa ka Jesu Kreste ’me a bontša hore ha a ne a tsoaloa, e ile ea e-ba motho eseng sebopuoa sa moea se neng se iphetotse motho. Hape mantsoe ana a bontša hore Jesu o ne a tla phethahatsa boprofeta bo hlahang ho Daniele 7:13, 14. Mangolong a Seheberu, mantsoe ana a ne a sebelisoa ha ho buuoa ka Ezekiele le Daniele e le ho bontša phapang pakeng tsa babuelli bao le Molimo eo molaetsa oa bona o neng o tsoa ho eena.—Eze 3:17; Dan 8:17; Mat 19:28; 20:28.
Mora oa Davida.
Hangata mantsoe ana a sebelisoa ha ho buuoa ka Jesu e leng taba e hatisang hore ke eena Mojalefa oa selekane sa ’Muso se neng se tla phethahatsoa ke motho ea tsoang lelokong la Davida.—Mat 12:23; 21:9.
Mosa.
Ke lentsoe la Segerike leo moelelo oa lona o bolelang ntho e thabisang kapa e khahlisang. Hangata lentsoe lena le sebelisoa ha ho buuoa ka ho fana kapa mpho e fanoeng ka pelo e ntle. Ha lentsoe lena le bua ka mosa oo Molimo a re bontšang oona, le o hlalosa e le mpho eo Molimo a re fang eona ka lerato empa a sa lebella hore re mo patale. Kahoo, ena ke tsela eo Molimo a bontšang ka eona hore oa fana ebile o rata batho. Lentsoe lena la Segerike le boetse le fetoleloa ka mantsoe a kang “mohau” kapa “mpho e fanoang ka pelo e ntle.” Mpho ena ha e hloke hore motho ea e fuoeng a e patale kapa a e sebeletse kaha mofani oa eona o fana ka eona hobane a le pelo e ntle.—2Ko 6:1; Ef 1:7.
Mosokolohi.
Ka Bibeleng, lentsoe lena le bolela motho ea sokolohetseng bolumeling ba Sejuda ’me ha e le monna taba ena e ne e akareletsa hore a bolle.—Mat 23:15; Lik 13:43.
Motho ea buisanang le balimo.
Ke motho ea reng o khona ho bua le bafu.—Le 20:27; De 18:10-12; 2Ma 21:6.
Motho ea lokolohileng.
Nakong ea puso ea Roma, ‘motho ea lokolohileng’ e ne e le motho ea nang le litokelo tsohle tseo Baroma ba neng ba e-na le tsona. Hape e ka ’na eaba e ne e le motho ea lokolotsoeng bokhobeng. Motho ea lokolotsoeng ka molao bokhobeng o ne a e-na le litokelo tsohle tseo Baroma ba neng ba e-na le tsona empa e ne e ke ke ea e-ba moeta-pele oa lipolotiki. Haeba a ne a sa lokolloa ka molao, o ne a lokoloha bokhobeng empa o ne a ke ke a fumana litokelo tsohle tseo Baroma ba neng ba e-na le tsona.—1Ko 7:22.
Motsamaisi.
Ho latela tsela eo lentsoe lena le sebelisitsoeng ka eona lengolong la Lipesaleme, ho bonahala eka ka Seheberu le bua ka motho ea neng a hlophisa hore na lipina li letsoe joang le hore na li binoe joang. O ne a bile a koetlisa libini tsa Balevi le ho etella libini pele ha ho binoa ka linako tse itseng tse khethehileng. Libibele tse ling li sebelisa poleloana “sebini se seholo” kapa “motsamaisi oa libini.”—Ps 4:Shl; 5:Shl.
Motse oa Davida.
Ke lebitso la motse oo Davida a ileng a o hapa eaba o haha ntlo ea hae ea borena ho oona. Pele ho moo, motse oo o ne o bitsoa Jebuse. Motse oo o boetse o bitsoa Sione. Ke motse o ka boroa-bochabela ho Jerusalema ebile ke oa khale ka ho fetisisa.—2Sa 5:7; 1Kr 11:4, 5.
’Muelli.
’Musi oa setereke.
’Muso oa Molimo.
Ke polelo e sebelisoang ho hlalosa bolaoli ba Molimo bo emeloang ke puso ea Mora oa hae, Kreste Jesu.—Mat 12:28; Lu 4:43; 1Ko 15:50.
Muthe-labene.
Ke lentsoe le hlahang sehloohong sa Pesaleme ea 9. Khale-khale le ne le bolela “mabapi le lefu la mora.” Batho ba bang ba nahana hore e ne e le lebitso kapa mantsoe a qalang molumo o tloaelehileng o neng o sebelisoa ha ho binoa pesaleme ena.
N
Nakong eo bofelo ba lefatše bo leng haufi.
Ke nako e tlang pele ho felisoa mebuso e laoloang ke Satane ’me e ba ka nako e le ’ngoe le nako ea ho ba teng ha Kreste. Nakong ena, Jesu o laela mangeloi hore ‘a arole ba sa lokang ho ba lokileng’ le ho ba felisa. (Mat 13:40-42, 49) Barutuoa ba Jesu ba ne ba batla ho tseba hore na nako eo e tla fihla neng. (Mat 24:3) Pele Jesu a ea leholimong, o ile a tšepisa balateli ba hae hore o tla ba le bona ho fihlela ka nako eo.—Mat 28:20.
Naleli ea meso.
Ke naleli ea ho qetela ea ho hlaha ka karolong e ka bochabela ea leholimo pele letsatsi le chaba ’me e bontša hore letsatsi le lecha lea qala.—Tše 22:16; 2Pe 1:19.
Nareda.
Ke oli e turang e ’mala o mofubelu e entsoeng ka semela sa nareda (Nardostachys jatamansi ). Kaha oli ena e ne e tura, e ne e tsoakoa le lioli tse ling tsa boemo bo tlase ebile ka linako tse ling ho ne ho etsoa le eo e seng ea ’nete. Leha ho le joalo, Mareka le Johanne ba hlalosa hore ho ile ha sebelisoa “nareda ea ’nete” ho Jesu.—Mar 14:3; Joh 12:3.
Nehilothe.
Ke lentsoe leo ho sa tsejoeng hore na le bolela’ng le hlahang ntlheng ea sehlooho ea Pesaleme ea 5. Ba bang ba nahana hore le bolela seletsa sa ’mino se letsoang ka hore se butsoeloe, ba le bapisa le lentsoe la Seheberu le amanang le cha·lilʹ (lekolilo). Leha ho le joalo, lentsoe lena ho ka etsahala le bolela pina.
Nisane.
Ke lebitso le lecha la khoeli ea Abibe leo Bajuda ba neng ba le sebelisa ha ba qeta ho lokolloa botlamuoeng Babilona. Ke lebitso la khoeli ea pele k’halendareng ea bolumeli ea Sejuda ’me ke khoeli ea bosupa k’halendareng ea temo. E ne e qala mahareng a khoeli ea March ho ea mahareng a April. (Ne 2:1)—Sheba Ntlha ea B15.
Ntlo ea thapelo.
Ke poleloana e bolelang “ho kopanya; kopano” empa litemaneng tse ngata e bolela mohaho kapa sebaka seo Bajuda ba neng ba kopanela ho sona e le hore ba ka bala Mangolo, litaelo, ba ruta le ho rapela. Mehleng ea Jesu, motse o mong le o mong Iseraele o ne o e-na le ntlo ea thapelo ’me metse e meholo eona e ne e e-na le matlo a thapelo a ’maloa.—Lu 4:16; Lik 13:14, 15.
Nyehelo.—
Nyehelo e tsokoang.
Ke nyehelo eo ho eona moprista a neng a beha matsoho a hae ka tlas’a matsoho a motho ea fanang ka nyehelo ebe oa e tsoka kapa moprista ke eena ea neng a e tsoka. Ketso eo e ne e bontša hore linyehelo tseo li etsetsoa Jehova.—Le 7:30.
Nyehelo ea boitlamo.
Nyehelo ea molato.
Ke sehlabelo seo motho a neng a se etsa ha a ne a entse sebe. E ne e fapane hanyenyane le linyehelo tse ling tsa sebe. E ne e fanoa ke motho ea entseng phoso e le hore a ka boela a ba le litokelo tsa selekane tseo a neng a e-na le tsona pele, tseo a ileng a lahleheloa ke tsona ka lebaka la sebe seo a se entseng. Hape e ne e bebofatsa kotlo eo a neng a lokela ho e fuoa.—Le 7:37; 19:22; Esa 53:10.
Nyehelo ea sebe.
Nyehelo ea secheso.
Nyehelo ea seno.
Nyehelo ea teboho.
Ke nyehelo e kopanetsoeng eo batho ba neng ba e etsa ho leboha Molimo ka lintho tseo a ba etsetsang tsona le ka lerato la hae. Ha ho etsoa nyehelo ena, nama ea phoofolo ea sehlabelo e ne e jeoa le bohobe bo nang le tomoso le bo se nang eona. Nama eo e ne e lokela ho jeoa ka lona letsatsi leo.—2Kr 29:31.
O
Ofisiri.
Omere.
Ke sesebelisoa se methang lintho tse ommeng ’me se lekana le lilithara tse 2,2 kapa karolo e le ’ngoe ho tse leshome tsa efa. (Ex 16:16, 18)—Sheba Ntlha ea B14.
Onikse.
Ke lejoe kapa lehakoe la bohlokoa, ke mofuta o thata oa lejoe la akhate (agate) kapa lejoe le mebala-bala la chalcedony. Lejoe la onikse le na le ’mala o mosoeu o kopaneng le o motšo, o mosootho, o mofubelu, o moputsoa kapa o motala. Le ne le sebelisoa liaparong tse khethehileng tsa moprista ea phahameng.—Ex 28:9, 12; 1Kr 29:2; Job 28:16.
P
Pako.
Tsela eo lentsoe lena le sebelisitsoeng ka eona ka Bibeleng, le bolela ho fetola mohopolo le tsela eo motho a phelang ka eona ka lebaka la ho baka ho tsoang pelong, ho ikoahlaela lintho tse mpe tseo a neng a li etsa kapa ntho eo a hlolehileng ho e etsa. Pako ea ’nete e hlahisa makhabane a matle ebile e etsa hore motho a fetole tsela eo a etsang lintho ka eona.—Mat 3:8; Lik 3:19; 2Pe 3:9.
Palo.
Ke palo eo batho ba neng ba khokhotheloa ho eona. Lichabeng tse ling batho ba ne ba bolaeloa ho eona kapa ba fanyeha litopo ho eona ho lemosa ba bang kapa ho tlotlolla motho eo ka pel’a batho ba bang. Baasiria ba ne ba tsebahala ka ho bolaea batho ka sehloho. Ba ne ba bolaea batšoaruoa ka ho ba hlaba ka lipalo tse motsu limpeng li be li e’o fihla sefubeng ebe ba li hloma fatše. Molaong oa Bajuda teng, ha motho a ne a entse sebe se seholo se kang ho rohaka Molimo kapa ho rapela litšoantšo, o ne a bolaoa pele ka hore a tlepetsoe ka majoe kapa ka tsela e ’ngoe. Ka mor’a moo, o ne a fanyehoa palong kapa sefateng e le ho lemosa ba bang. (De 21:22, 23; 2Sa 21:6, 9) Ka linako tse ling Baroma bona ba ne ba tlamella motho palong. Ha a le moo o ne a phela matsatsi a seng makae ebe ka mor’a moo o bolaoa ke ho utloa bohloko, lenyora, tlala le ho chesoa ke letsatsi. Ka linako tse ling ba ne ba khokhothela matsoho le maoto a motho palong joalokaha ba ile ba etsa ha ba ne ba bolaea Jesu. (Lu 24:20; Joh 19:14-16; 20:25; Lik 2:23, 36) Maemong a mang lentsoe la Segerike e leng stau·rosʹ, le bolela palo e tšoanang le eo Jesu a ileng a bolaeloa ho eona. Ha ho na bopaki bo bontšang hore lentsoe lena la Segerike le ne le bolela sefapano, se kang se neng se sebelisoa ke bahetene e le letšoao la bolumeli lilemo tse ngata pele Kreste a e-ba teng lefatšeng. Lentsoe stau·rosʹ le boetse le sebelisitsoe ho hlalosa kamoo balateli ba Jesu ba neng ba tla hlokofatsoa, ba utloisoe bohloko le ho hlabisoa lihlong kateng.—Mat 16:24; Heb 12:2.
Palo e halalelang.
Lentsoe la Seheberu (ʼashe·rahʹ ) le bolela (1) palo e halalelang e tšoantšetsang Ashera, molimotsana oa Bakanana eo ho neng ho lumeloa hore o etsa hore basali ba ime kapa (2) setšoantšo sa molimotsana Ashera. Ho bonahala eka lipalo tseo li ne li eme ebile karolo e itseng ea tsona e ne e entsoe ka lepolanka. Ho ka etsahala hore ebe e ne e le lipalo tse sa betloang kapa lifate.—De 16:21; Bhl 6:26; 1Ma 15:13.
Paradeise.
Ke serapa se setle se kang phaka. Sebaka sa pele se neng se le joalo e ne e le serapa sa Edene seo Jehova a neng a se etselitse Adama le Eva. Jesu o ile a bua le senokoane se neng se khokhothetsoe pel’a hae ka hore lefatše e tla ba paradeise. Lengolo la 2 Bakorinthe 12:4 le bua ka paradeise e tl’o ba mona lefatšeng ’me la Tšenolo 2:7 le bua ka paradeise e leholimong.—Sef 4:13; Lu 23:43
Paseka.
Ke mokete oo Baiseraele ba neng ba o keteka selemo le selemo ka letsatsi la bo14 la khoeli ea Abibe (hamorao e ile ea bitsoa Nisane). Ba ne ba hopola nako eo ba ileng ba lokolloa ka eona Egepeta. Ha ba e keteka ba ne ba hlaba nku (kapa poli) ebe baa e besa. Ba ne ba ja nama ea eona le meroho e babang hammoho le bohobe bo se nang tomoso.—Ex 12:27; Joh 6:4; 1Ko 5:7.
Pentekonta.
Ke mokete oa bobeli meketeng e meraro e meholo eo banna bohle ba Bajuda ba neng ba lokela ho e keteka Jerusalema. Pentekonta e bolela “Letsatsi la bo50.” Ke lebitso le neng le sebelisoa Mangolong a Segerike a Bakreste ha ho buuoa ka Mokete oa Kotulo hape le ne le sebelisoa Mangolong a Seheberu ha ho buuoa ka Mokete oa Libeke. E ne e ketekoa ka letsatsi la bo50 ha ho baloa ho tloha ka Nisane 16.—Ex 23:16; 34:22; Lik 2:1.
Persia; Bapersia.
Persia ke naha. Bapersia ke sechaba seo hangata ha ho buuoa ka sona ho buuoang le ka Bamede. Kahoo, ho hlakile hore ba ne ba amana. Ha Bapersia ba qala ho ba teng, ba ne ba lula karolong e ka boroa-bophirimela e lithaba ea Iran. Ha Saeruse e Moholo a busa (eo bo-rahistori ba bang ba khale ba reng ntate oa hae e ne e le Mopersia ’me ’mè oa hae e le Momede), Bapersia ba ne ba le bangata ho feta Bamede. Leha ho le joalo, ka bobeli ba ile ba tsoela pele e le ’muso o kopaneng. Saeruse o ile a hapa ’Muso oa Babilona ka selemo sa 539 pele ho mehla ea Jesu ’me a lumella Bajuda ba neng ba le botlamuoeng Babilona hore ba khutlele naheng ea bona. ’Muso oa Bapersia o ne o tloha Nokeng ea Indus ka bochabela ho ea fihla Leoatleng la Aegean ka bophirimela. Bajuda ba ne ba busoa ke Persia ho fihlela Alexandere e Moholo a hlola Bapersia ka selemo sa 331 pele ho mehla ea Jesu. Daniele o ile a ba le pono ka ’Muso oa Persia ebile ho buuoa ka oona ka Bibeleng ho Esdrase, Nehemia le Esthere. (Esd 1:1; Dan 5:28)—Sheba Ntlha ea B9.
Pesaleme.
Ke pina ea ho rorisa Molimo. Lipesaleme e ne e le lipina ’me li ne li binoa ke barapeli ba Jehova Molimo ho akareletsa le ha ba ne ba mo rapela phatlalatsa tempeleng ea hae Jerusalema.—Lu 20:42; Lik 13:33; Jak 5:13.
Phaseje ea Solomone.
Mehleng ea Jesu, tempeleng ho ne ho e-na le phaseje e ruletsoeng ka bochabela ho lebala le ka ntle, eo ho neng ho lumeloa hore ke mesaletsa ea tempele ea Solomone. Jesu o ne a tsamaea ho eona ‘ka mariha’ ’me Bakreste ba pele ba ne ba rapela teng. (Joh 10:22, 23; Lik 5:12)—Sheba Ntlha ea B11.
Phori.
E ’ngoe ea lintho tse senyang limela e bakoang ke hlobo. Ho bonahala eka phori eo ho buuoang ka eona ka Bibeleng ke matheba a manyenyane a ’mala oa mafome a hlahang kutung le makaleng a semela (Puccinia graminis).—1Ma 8:37.
Phutheho.
Ke sehlopha sa batho se bokaneng hammoho ka sepheo se itseng kapa bakeng sa ketsahalo e itseng. Hangata lentsoe lena le sebelisoa Mangolong a Seheberu ha ho buuoa ka sechaba sa Iseraele. Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, le sebelisoa ha ho buuoa ka phutheho ka ’ngoe empa le sebelisoa haholo ha ho buuoa ka Bakreste ka kakaretso.—1Ma 8:22; Lik 9:31; Bar 16:5.
Pilara.
Ke palo e tenya e tšehetsang mohaho. Lipilara tse ling li ne li hlongoa e le ho ikhopotsa histori kapa liketsahalo tsa nako e fetileng. Ho ile ha sebelisoa lipilara tempeleng le mehahong ea borena eo Solomone a ileng a e haha. Bahetene ba ne ba hloma lipilara tse halalelang tse amanang le bolumeli ba bona ba bohata, ka linako tse ling Baiseraele le bona ba ne ba ba etsisa. (Bhl 16:29; 1Ma 7:21; 14:23)—Sheba HLOOHO EA PILARA.
Pilara e halalelang.
Ke pilara e emeng eo hangata e neng e etsoa ka lejoe ’me ho bonahala e ne e le setšoantšo se bontšang setho sa botona sa Baale kapa sa melimo e meng ea bohata.—Ex 23:24.
Pime.
Ke sekala kapa theko eo Bafilista ba neng ba e patalisa batho ha ba leotsa lithulusi tsa bona tsa tšepe. Likala tsa majoe tse fumanoeng Iseraele ke baepolli ba lintho tsa khale li ne li e-na le litlhaku tsa Seheberu tsa khale tse emelang “pime.” Boima ba tsona e ne e ka ba likramo tse 7,8.—1Sa 13:20, 21.
Pina ea ho Nyolohela Motseng.
Ke mantsoe a sehlooho a hlahang Pesalemeng ea 120 ho ea ho 134. Le hoja ho e-na le maikutlo a fapaneng tabeng ea hore na mantsoe ana a bolela’ng, batho ba bangata ba lumela hore lipesaleme tsena tse 15 li ne li binoa ke Baiseraele ba thabileng ha ba ne ba ‘nyolohela’ Jerusalema, e neng e le holim’a lithaba tsa Juda. Ba ne ba ea moo ho ea keteka mekete e meraro e neng e tšoaroa selemo le selemo.
Pontšo.
Ke ntho e itseng, ketsahalo, boemo kapa ntho e sa tloaelehang e bontšang ntho ea bohlokoa e etsahalang hona joale kapa e tla etsahala nakong e tlang.—Ge 9:12, 13; 2Ma 20:9; Mat 24:3; Tše 1:1.
Porneia.—
Purime.
Ke mokete oa selemo le selemo o neng o ketekoa ka la 14 le la 15 khoeling ea Adare. O ne o ketekoa e le ho hopola ha Bajuda ba ne ba sireletsoa hore ba se ke ba felisoa mehleng ea Mofumahali Esthere. Lentsoe lena pu·rimʹ ha se la Seheberu ’me le bolela “lotho.” Mokete oa Purime kapa Mokete oa Lotho o ile oa fuoa lebitso lena ka mor’a hore Hamane a lahle Pure (Lotho) a batla ho khetha letsatsi leo a tla phetha leano la hae la ho felisa Bajuda.—Est 3:7; 9:26.
Q
Qubu.
R
Rahaba.
Ke lentsoe le sebelisitsoeng ka tsela ea tšoantšetso bukeng ea Jobo, Lipesaleme le ea Esaia (ha se Rahaba eo ho buuoang ka eena bukeng ea Joshua). Seo ho buuoang ka sona bukeng ea Jobo se thusa motho ho hlokomela hore Rahaba ke phoofolo e kholo ea leoatle. Litemaneng tse ling, phoofolo eo e sebelisetsoa ho tšoantšetsa Egepeta.—Job 9:13; Ps 87:4; Esa 30:7; 51:9, 10.
Reng e tempang.
S
Sabatha.
Ke lentsoe la Seheberu le bolelang “ho phomola kapa ho emisa ho etsa ntho e itseng.” Ke letsatsi la bosupa bekeng ea Bajuda (le qala ka Labohlano mantsiboea le fela ka Moqebelo mantsiboea). Matsatsi a mang a mekete selemong hammoho le selemo sa bosupa le sa bo50, a ne a bitsoa sabatha. Ka letsatsi la Sabatha ho ne ho se na motho ea lokelang ho sebetsa. Ke baprista feela ba neng ba lumeletsoe ho sebetsa tabernakeleng kapa tempeleng. Ka selemo sa sabatha, ho ne ho se na motho ea lumeletsoeng ho lema ebile Baheberu ba ne ba sa lokela ho qobella Baheberu ba bang hore ba patale likoloto tsa bona. Molaong oa Moshe, lithibelo tsa Sabatha li ne li se thata empa baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea Jesu ba ile ba ikenyetsa melao ea bona ’me seo sa etsa hore ho be thata hore batho ba mamele molao oa Sabatha.—Ex 20:8; Le 25:4; Lu 13:14-16; Kol 2:16.
Samaria.
E ne e le motse-moholo oa ’muso o ka leboea oa maloko a leshome a Iseraele ka lilemo tse ka bang 200 ebile e le lebitso la naha eohle ea ’ona. Motse oo o ne o hahiloe holim’a thaba e bitsoang ka lebitso leo. Mehleng ea Jesu, Samaria e ne e le lebitso la setereke se neng se le pakeng tsa Galilea ka leboea le Judea ka boroa. Hangata Jesu o ne a sa etse mosebetsi oa boboleli sebakeng seo empa ka linako tse ling o ne a feta ho sona ’me a bua le baahi ba moo. Petrose o ile a sebelisa senotlolo sa bobeli sa ’Muso sa tšoantšetso ha Basamaria ba ne ba amohela moea o halalelang. (1Ma 16:24; Joh 4:7; Lik 8:14)—Sheba Ntlha ea B10.
Sanhedrine.
Ke lekhotla le phahameng la Bajuda le neng le le Jerusalema. Mehleng ea Jesu, Sanhedrine e ne e e-na le litho tse 71 tse akareletsang moprista ea phahameng le batho bao e kileng ea e-ba baprista ba phahameng, ba malapa a baprista ba phahameng, baholo, lihlooho tsa maloko le tsa malapa le bangoli.—Mar 15:1; Lik 5:34; 23:1, 6.
Satane.
Seah.
Ke ntho e sebelisoang ho lekanya lintho tse ommeng. Ho ea ka tekanyo ea bate e lekanyang lintho tse metsi, seah e ka lekana le lilithara tse 7,33. (2Ma 7:1; nal)—Sheba Ntlha ea B14.
Searame.
Ke puo e tšoanang le Seheberu ebile e na le litlhaku tse kang tsa Seheberu. Qalong e ne e buuoa ke Baarame empa hamorao e ile ea sebelisoa haholo libakeng tse neng li busoa ke Baasiria le Bababilona. E ne e sebelisoa haholo litabeng tsa khoebo. Hape e ne e le puo e buuoang haholo Persia. (Esd 4:7) Tse ling tsa litaba tse hlahang bukeng ea Esdrase, Jeremia le Daniele li ne li ngotsoe ka Searame.—Esd 4:8–6:18; 7:12-26; Jer 10:11; Dan 2:4b–7:28.
Sebaka se phahameng.
Seboka.
Seboni.
Ke motho eo Molimo a neng a etsa hore a lemohe thato ea hae, a khone ho bona kapa a utloisise lintho tseo batho ba bang ba neng ba ke ke ba khona ho li utloisisa. Lentsoe lena le tsoa lentsoeng la Seheberu le bolelang “ho bona,” ebang ke ka tsela ea sebele kapa ea tšoantšetso. Seboni ke motho eo batho ba neng ba kopa likeletso ho eena ha ba ne ba e-na le mathata.—1Sa 9:9.
Sebopi.
Sebopi sa mollo.
Sefate sa bophelo.
Sefate sa tsebo ea botle le bobe.
Segerike.
Sehalalelisiso.
Ke kamore e ka hare-hare ea tabernakele le ea tempele, eo areka ea selekane e neng e behoa ka har’a eona. Ho ea ka Molao oo Molimo a neng a o file Moshe, ke moprista ea phahameng feela ea neng a lumeletsoe ho kena ka Sehalalelisisong. O ne a kena hanngoe feela ka selemo ka Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tšoareloa Libe.—Ex 26:33; Le 16:2, 17; 1Ma 6:16; Heb 9:3.
Sehalalelo.
Ke kamore e qalang e kholo ea tabernakele kapa ea tempele. E fapane le kamore e ka hare-hare e leng Sehalalelisiso. Ka tabernakeleng, ka har’a Sehalalelo ho ne ho e-na le seluloana sa lebone sa khauta, aletare ea khauta ea libano, tafole ea bohobe ba pontšo le lisebelisoa tsa khauta. Ka tempeleng, Sehalalelo se ne se e-na le aletare ea khauta, liluloana tsa mabone tsa khauta tse leshome le litafole tsa bohobe ba pontšo tse leshome. (Ex 26:33; Heb 9:2)—Sheba Ntlha ea B5 le ea B8.
Sehalalelo (Sebaka se halalelang).
Ke sebaka se khethehileng seo ho rapeloang ho sona, se halalelang. Hangata mantsoe ao a sebelisoa ha ho buuoa ka tabernakele kapa tempele e neng e le Jerusalema. A boetse a sebelisoa ha ho buuoa ka leholimo e leng sebaka seo Molimo a lulang ho sona.—Ex 25:8, 9; 2Ma 10:25; 1Kr 28:10; Tše 11:19.
Sehatelo sa veine.
Hangata e ne e le likoti tse peli tse neng li chekoa lejoeng, se seng se le holimo ’me se seng se le tlase. Ho ne ho e-na le foro e theohelang sekoting se tlase. Ha ho ntse ho hatoa morara sekoting se holimo, metsi a tsoang morareng a ne a theohela sekoting se tlase. Polelo ena e sebelisitsoe ka tsela ea tšoantšetso ha ho buuoa ka kahlolo ea Molimo.—Esa 5:2; Tše 19:15.
Seheberu (Moheberu).
Ke lebitso le neng le sebelisoa ha ho buuoa ka Abrame (Abrahama), le neng le mo khetholla ho baahisani ba hae ba Baamore. Hamorao le ile la sebelisoa ha ho buuoa ka litloholo tsa Abrahama tseo a li tsoaletsoeng ke setloholo sa hae Jakobo. Puo ea bona e ne e bitsoa Seheberu. Mehleng ea Jesu, puo ea Seheberu e ne e se e e-na le mantsoe a Searame ebile ke puo eo Kreste le barutuoa ba hae ba neng ba e bua.—Ge 14:13; Ex 5:3; Lik 26:14.
Sehlabelo.
Ke nyehelo eo motho a e etsetsang Molimo ho mo leboha, ho lumela hore o foselitse Molimo le ho lokisa lintho le eena. Ho tloha ka Abele, batho ba ne ba ithaopela ho etsa mahlabelo a fapaneng ho akareletsa le a liphoofolo ho fihlela selekane sa Molao oo Molimo a neng a o file Moshe se hlalosa hore ba tlameha ho a etsa. Ka mor’a hore Jesu a fane ka bophelo ba hae bo se nang sebe e le sehlabelo, Bakreste ba ne ba se ba sa hloke ho etsa mahlabelo. Leha ho le joalo, ba ntse ba etsetsa Molimo mahlabelo ka tsela ea tšoantšetso.—Ge 4:4; Heb 13:15, 16; 1Jo 4:10.
Sehlabelo sa ho tšoareloa libe.
Ka Mangolong a Seheberu, poleloana ena e amana le mahlabelo a neng a etsoa e le hore batho ba khone ho atamela ho Molimo le ho mo sebeletsa. Ha Molao oa Moshe o ntse o sebetsa, mahlabelo a ne a etsoa selemo le selemo ka Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tšoareloa Libe e le hore batho ba khutlele ho Molimo ho sa tsotellehe libe tseo motho kapa sechaba se neng se li entse. Mahlabelo ao a ne a tšoantšetsa sehlabelo sa Jesu se entsoeng hanngoe ebile e le la ho qetela e le hore batho ba tšoareloe libe. Sehlabelo seo se buletse batho monyetla oa hore ba boelane le Jehova.—Le 5:10; 23:28; Kol 1:20; Heb 9:12.
Sehlabelo se kopanetsoeng.
Ke sehlabelo se etsetsoang Jehova e le hore motho a ka ba le khotso le eena. Sehlabelo sena se ne se jeoa ke motho ea faneng ka sona, ba lelapa la hae, moprista ea se nyehetseng le baprista bohle ba sebetsang letsatsing leo. Ho ne ho tšoana leha eka Jehova o amohela monko o monate oa mafura a besitsoeng. O ne a boetse a fuoa mali hobane a tšoantšetsa bophelo. Ho ne ho tšoana leha eka baprista le batho ba faneng ka sehlabelo ba lutse le Jehova ’me ba ja le eena e leng ntho e bontšang hore ba na le khotso le eena.—Le 7:29, 32; De 27:7.
Sehlooho.
Ke mongolo o hlahang qalong ea pesaleme e ’ngoe le e ’ngoe. O hlalosa mongoli oa eona le lintho tse neng li etsahala ha e ne e ngoloa. O boetse o hlalosa litaelo tsa pina, hore na e ne e lokela ho binoa neng le hore na morero oa eona e ne e le ofe.—Sheba lihlooho tsa Pesaleme ea 3, 4, 5, 6, 7, 30, 38, 60, 92 le 102.
Sekoahelo sa poelano.
Ke sekoahelo sa areka ea selekane, seo moprista ea phahameng a neng a hasa mali a linyehelo tsa sebe ka pel’a sona ka Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tšoareloa Libe. Lentsoe lena ka Seheberu le tsoa leetsing le bolelang “ho koahela (sebe)” kapa mohlomong “ho hlakola (sebe).” Se ne se entsoe ka khauta e thata ’me ho ne ho khomarelitsoe likerubime tse peli ho sona. Ka linako tse ling ho thoe feela ke “sekoahelo.” (Ex 25:17-22; 1Kr 28:11; Heb 9:5)—Sheba Ntlha ea B5.
Sekoti se Tebileng.
Lentsoe lena le tsoa lentsoeng la Segerike e leng aʹbys·sos, le bolelang “e tebileng haholo” kapa “eo ho se nang moo e fellang teng.” Ka Mangolong a Segerike a Bakreste lentsoe lena le bolela ho koalla kapa sebaka seo ho koalloang ho sona. Hape le sebelisoa ha ho buuoa ka lebitla empa ha le sebelisoe boemong boo feela.—Lu 8:31; Bar 10:7; Tše 20:3.
Selah.
Ke lentsoe le sebelisoang ’minong le hlahang lengolong la Lipesaleme le la Habakuke. Ho ka etsahala hore le bolela ho khefutsa hanyenyane ha motho a bina kapa a letsa ’mino, ka morero oa ho nahanisisa ka seo a qetang ho se utloa. Bibeleng ea Segerike ea Septuagint ho sebelisitsoe lentsoe li·aʹpsal·ma, le bolelang “khefutso e nyenyane ’minong.”—Ps 3:4; Hab 3:3.
Selekane.
Tumellano pakeng tsa Molimo le batho kapa pakeng tsa batho ba babeli ea hore ba tla etsa ntho e itseng kapa ba ke ke ba e etsa. Ka linako tse ling, ke motho a le mong feela ea neng a lokela ho etsa lintho tseo ba lumellaneng ka tsona (ke selekane seo e neng e le tšepiso). Ka linako tse ling, batho bao ba babeli ba ne ba lokela ho etsa lintho tseo ba lumellaneng ka tsona (ke selekane se tlamang batho ba babeli). Ntle le lilekane tseo Molimo a neng a li etsa le batho, Bibele e boetse e bua ka lilekane tse neng li etsoa ke batho, merabe, lichaba kapa lihlopha tsa batho. Ho na le lilekane tsa bohlokoa tseo Molimo a ileng a li etsa, tse ling tsa tsona ke seo a se entseng le Abrahama, Davida, sechaba sa Iseraele (selekane sa Molao) le Iseraele ea Molimo (selekane se secha).—Ge 9:11; 15:18; 21:27; Ex 24:7; 2Kr 21:7.
Serethe.
Ho Baheberu serethe e ne e le mosali oa boemo bo tlase lenyalong la sethepu. Ho bonahala eka lirethe e ne e le basali bao e neng e le makhoba, ao e ka ’nang eaba e ne e le: (1) banana ba Baheberu ba rekisitsoeng ke bo-ntate ba bona (Ex 21:7-9), (2) banana ba balichaba ba rekiloeng hore e be makhoba kapa (3) banana ba balichaba ba hapiloeng ntoeng (De 21:10-14). Lirethe tse ling e ne e le makhoba kapa basebeletsi ba basali ba pele, joalokaha ho ile ha etsahala ho Sara, Lea le Ragele.—Ge 16:3, 4; 30:3-13; Bhl 8:31; 9:18; Ex 21:8; 2Sa 5:13; 1Ma 11:3.
Sesare.
Lena ke lebitso la lelapa le leng naheng ea Roma leo hamorao e ileng ea e-ba tlotla ea baemphera ba Roma. Bo-Sesare ba boletsoeng ka Bibeleng ke Augustase, Tiberiuse le Claudiase. Le hoja Nero a sa boleloa ka lebitso, le eena e ne e le Sesare. Lebitso “Sesare” le boetse le sebelisoa ka Mangolong a Segerike a Bakreste ha ho buuoa ka babusi kapa ’Muso.—Mar 12:17; Lik 25:12.
Setempe.
Ke ntho e sebelisoang ho etsa letšoao ho bontša hore ntho e itseng ke ea hao, hore ke ea ’nete kapa ho etsa tumellano. Litempe tsa mehleng ea khale li ne li e-na le karolo e thata (lejoe, lenaka la tlou kapa lepolanka) e nang le mongolo o fatiloeng kapa mokhabiso. Setempe se sebelisoa ka tsela ea tšoantšetso ho bolela hore ntho e behiloeng letšoao ke ea ’nete, ke ea hao, ke ntho e patehileng kapa ke sephiri.—Ex 28:11; Ne 9:38; Tše 5:1; 9:4.
Setsoe.
Ke tekanyo ea bolelele ho tloha setsoeng kapa setsung ho ea monoaneng o mahareng. Tekanyo ea setsoe eo Baiseraele ba neng ba e sebelisa hangata e ne e le bolelele ba lisenthimithara tse 44,5. Ba ne ba boetse ba e-na le tekanyo e kholoanyane ho eo ka boahlamo ba seatla ea bolelele ba lisenthimithara tse ka bang 51,8. (Ge 6:15; Lu 12:25)—Sheba Ntlha ea B14.
Setulo sa kahlolo.
Hangata e ne e le sethala se ka ntle se phahameng se nang le litepisi. Balaoli ba ne ba lula ho sona ha ba bua le batho kapa ba ba tsebisa liqeto tseo ba li entseng. Mantsoe a reng “setulo sa kahlolo sa Molimo” le “setulo sa Kreste sa kahlolo” a sebelisitsoe ka tsela ea tšoantšetso ho bontša hore Jehova o tl’o ahlola batho.—Bar 14:10; 2Ko 5:10; Joh 19:13.
Shebate.
Ka mor’a hore Bajuda ba tsoe botlamuoeng Babilona, e ne e le lebitso la khoeli ea bo11 k’halendareng ea bolumeli ea Sejuda le khoeli ea bohlano k’halendareng ea temo. E ne e qala bohareng ba khoeli ea January ho ea bohareng ba February. (Zak 1:7)—Sheba Ntlha ea B15.
Shekele.
Ke tekanyo eo Baheberu ba neng ba e sebelisa ho lekanya boima le boleng ba chelete. E ne e le boima ba likramo tse 11,4. E ka ’na eaba poleloana “tekanyo e sebelisoang sebakeng se halalelang,” e ne e sebelisoa ho bontša bohlokoa ba ho lekanya boima ba ntho e itseng ka tsela e nepahetseng kapa hore bo lokela ho lumellana le tekanyo e sebelisoang tabernakeleng. Ho ka etsahala hore ho ne ho e-na le shekele ea boreneng (e fapaneng le shekele e tloaelehileng) kapa tekanyo e sebelisoang ntlong ea borena.—Ex 30:13.
Sheminithe.
Ke lentsoe la ’mino le bolelang “ea borobeli” leo ho ka etsahalang hore le bolela noto e tlase ’minong. Ho ka etsahala hore liletseng tsa ’mino lentsoe lena le bua ka liletsa tse ntšang molumo oa bese. Pineng teng, le ka bolela molumo o llelang tlase o lateloang ke pina.—1Kr 15:21; Ps 6:Shl; 12:Shl.
Sheole.
Sione; Thaba ea Sione.
Ke lebitso la motse o sireletsehileng oa Bajebuse o bitsoang Jebuse o neng o le leralleng le ka boroa-bochabela ho Jerusalema. Ka mor’a hore Davida a hape motse oo, o ile a haha ntlo ea hae ea borena teng ’me oa bitsoa “Motse oa Davida.” (2Sa 5:7, 9) Sione e ile ea e-ba thaba e halalelang ho Jehova ka mor’a hore Davida a ise Areka teng. Hamorao, lebitso lena le ile la akareletsa sebaka seo tempele e neng e le ho sona Thabeng ea Moria ’me ka linako tse ling le ne le sebelisoa ha ho buuoa ka motse oa Jerusalema. Hangata le sebelisoa ka tsela ea tšoantšetso Mangolong a Segerike a Bakreste.—Ps 2:6; 1Pe 2:6; Tše 14:1.
Siretise.
Likou tse peli tse kholo tse sa tebang lebopong la Libia, ka Leboea ho Afrika. Basesisi ba likepe ba mehleng ea khale ba ne ba li tšaba hobane lehlabathe la tsona le ne le sa tsitsa ka lebaka la maqhubu a leoatle. (Lik 27:17)—Sheba Ntlha ea B13.
Siria;
Basiria.—Sheba ARAME; BAARAME.
Sivane.
Ke lebitso la khoeli ea boraro k’halendareng ea bolumeli ea Sejuda hape ke khoeli ea borobong k’halendareng ea temo. Lebitso lena ba ne ba le sebelisa ka mor’a hore ba tsoe botlamuoeng Babilona. Khoeli ena e ne e qala mahareng a khoeli ea May e fela mahareng a khoeli ea June. (Est 8:9)—Sheba Ntlha ea B15.
T
Tabernakele.
Ke tente eo Baiseraele ba neng ba rapela ho eona ka mor’a hore ba tsoe Egepeta. Baiseraele ba ne ba etsetsa mahlabelo teng ’me ka har’a eona ho ne ho e-na le areka ea selekane sa Jehova e neng e tšoantšetsa ho ba teng ha Molimo. Ka linako tse ling e ne e bitsoa “tente ea pokano.” E ne e entsoe ka mapolanka ’me e koahetsoe ka masela a neng a e-na le mekhabiso ea likerubime. E ne e e-na le likamore tse peli, ea pele e ne e bitsoa Sehalalelo ’me ea bobeli e bitsoa Sehalalelisiso. (Jos 18:1; Ex 25:9)—Sheba Ntlha ea B5.
Talenta.
Ke lentsoe la Seheberu le neng le hlalosa boima ba lintho le boleng ba chelete. Boima ba talenta e kholo e ne e le lik’hilokramo tse 34,2. Talenta ea Bagerike e ne e le nyenyane. E ne e lekana le lik’hilokramo tse ka bang 20,4. (1Kr 22:14; Mat 18:24)—Sheba Ntlha ea B14.
Tamuze.
(1) Ke lebitso la molimo eo basali ba bakoenehi ba Baheberu ba neng ba mo llela Jerusalema. E ka ’na eaba Tamuze e ne e le morena ’me ka mor’a lefu la hae a etsoa molimo. Libukeng tsa Basumeria, Tamuze o bitsoa Dumuzi ebile o nkoa e le monna kapa e le moratuoa oa molimotsana oa tsoalo ea bitsoang Inanna (Ishtar oa Babilona). (Eze 8:14) (2) Ka mor’a hore Baiseraele ba lokolloe botlamuoeng Babilona, lentsoe lena le ile la sebelisoa e le lebitso la khoeli ea bone k’halendareng ea bolumeli ea Sejuda ebile e le khoeli ea leshome k’halendareng ea temo. Khoeli ena e ne e qala mahareng a khoeli ea June ho fihlela mahareng a khoeli ea July.—Sheba Ntlha ea B15.
Tartarase.
Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, lentsoe lena le bolela ho ba boemong bo tlase bo kang ho koalloa teronkong. Bona ke boemo boo mangeloi a ileng a fetohela Molimo mehleng ea Noe a leng ho bona. Lengolong la 2 Petrose 2:4 lentsoe lena tar·ta·roʹo (e leng ho “lahlela Tartarase”) ha le bolele hore “mangeloi a entseng sebe” a ile a lahleloa Tartarase eo malumeli a bohata a lumelang hore ke eona (e leng teronko e tlas’a lefatše e lefifi ea melimo ea maemo a tlase). Leha ho le joalo, le bolela hore Molimo o ile a tlohelisa mangeloi ao mesebetsi eo a neng a e etsa eaba o a tlosa maemong ao a neng a le ho ’ona leholimong. A etsa hore a be lefifing e le hore a se ke a tseba letho ka merero ea hae. Lefifi leo le boetse le bontša hore qetellong mangeloi ao a tl’o felisoa hammoho le ’musi oa ’ona, Satane Diabolose joalokaha Mangolo a bontša. Kahoo, Tartarase e bolela boemo bo tlase boo mangeloi ao a marabele a theoletsoeng ho bona. Lentsoe lena ha le bolele ‘sekoti se tebileng’ seo ho buuoang ka sona ho Tšenolo 20:1-3.
Tebeletso.
Tebethe.
Ke lebitso la khoeli ea leshome k’halendareng ea bolumeli ea Sejuda ebile ke khoeli ea bone k’halendareng ea temo. Lebitso lena le ile la sebelisoa ka mor’a hore Baiseraele ba lokolloe botlamuoeng Babilona. Khoeli ena e ne e qala mahareng a khoeli ea December ho fihlela mahareng a khoeli ea January. Hangata e bitsoa “khoeli ea leshome.” (Est 2:16)—Sheba Ntlha ea B15.
Tefo ea topollo.
Ke tefo e lokollang motho botlamuoeng, hore a se ke a fuoa kotlo, ho mo ntša mahlomoleng, sebeng kapa ho mo lokolla boikarabelong bo bong bo itseng. Ha se ka linako tsohle tefo ea topollo e neng e pataloa ka chelete. (Esa 43:3) E ne e hlokeha maemong a fapaneng. Mohlala, matsibolo ’ohle a bana ba bashanyana kapa a liphoofolo a Iseraele e ne e le a Jehova ’me ho ne ho hlokeha hore ho ntšoe tefo ea topollo e le hore a se ke a sebelisoa ho hang tšebeletsong ea Jehova. (Nu 3:45, 46; 18:15, 16) Ha poho e kotsi e sa hlokomeloang e ka bolaea motho, mong’a eona o ne a lokela ho patala tefo ea topollo e le hore a lokolohe kahlolong ea lefu eo a neng a lokela ho e fuoa. (Ex 21:29, 30) Leha ho le joalo, tefo ea topollo ea motho ea bolaileng e mong ka boomo e ne e sa amoheloe. (Nu 35:31) Ntlha ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore Bibele e bua ka tefo ea topollo eo Kreste a e patetseng ka lefu la hae la sehlabelo e le hore batho bohle ba mamelang ba ka lokoloha sebeng le lefung.—Ps 49:7, 8; Mat 20:28; Ef 1:7.
Tempele.
Ke mohaho o neng o le Jerusalema o ileng oa nkela tabernakele sebaka ’me ea e-ba moo Baiseraele ba rapelang Molimo teng. Tempele ea pele e ne e hahiloe ke Solomone ’me e ile ea senngoa ke Bababilona. Ea bobeli e ile ea hahoa ke Zorobabele ka mor’a hore Baiseraele ba lokolloe botlamuoeng Babilona. Hamorao e ile ea hahoa bocha ke Heroda e Moholo. Hangata ka Bibeleng tempele e bitsoa “ntlo ea Jehova.” (Esd 1:3; 6:14, 15; 1Kr 29:1; 2Kr 2:4; Mat 24:1)—Sheba Ntlha ea B8 le ea B11.
Tente ea pokano.
Terompeta.
Ke seletsa se entsoeng ka tšepe, se neng se sebelisetsoa ho letsa ’mino, ho hlaba mokhosi kapa ho lemosa sechaba. Lengolong la Numere 10:2, Jehova o ile a re ho etsoe literompeta tse peli ka silevera tse neng li letsoa ha ho bitsoa phutheho, ha e le nako ea ho hlomolla litente kapa ha sechaba se tsebisoa ka ntoa. Ho bonahala eka literompeta tsena e ne e le tse otlolohileng, li sa tšoane le tsa “manaka” a kobehileng tse neng li entsoe ka manaka a liphoofolo. Literompeta tseo ho sa hlalosoang hore li ne li entsoe joang le tsona e ne e le tse ling tsa liletsa tsa ’mino tsa tempeleng. Ho letsoa ha literompeta hangata ho ne ho tšoantšetsa ho phatlalatsoa ha likahlolo tsa Jehova kapa liketsahalo tsa bohlokoa tse tsoang ho Molimo.—2Kr 29:26; Esd 3:10; 1Ko 15:52; Tše 8:7–11:15.
Thepa e hapuoeng.
Thupa e methang.
E bolelele ba litsoe tse tšeletseng. Ho ea ka setsoe se tloaelehileng, e bolelele ba limithara tse 2,67 ’me ho ea ka setsoe se selelele e bolelele ba limithara tse 3,11. (Eze 40:3, 5; Tše 11:1)—Sheba Ntlha ea B14.
Tishri.—
Sheba ETHANIME le Ntlha ea B15.
Tomoso.
Ke ntho e kopanngoang le hlama kapa lintho tse metsi ho etsa hore li bele. Hangata ka Bibeleng e sebelisetsoa ho tšoantšetsa sebe le ho bola. Hape lentsoe lena le sebelisoa ha ho buuoa ka ntho e holang empa e sa bonahale.—Ex 12:20; Mat 13:33; Gal 5:9.
Tsela ea Morena.
Lentsoe “tsela” le sebelisitsoe ka tsela ea tšoantšetso ka Bibeleng ha ho buuoa ka liketso tsa batho tse thabisang Jehova kapa tse sa mo thabiseng. Balateli ba Jesu Kreste ba ne ba bitsoa ba “Tsela ea Morena” e leng se bolelang hore ba ne ba etsa lintho ka tsela e bontšang hore ba lumela ho Jesu Kreste ebile ba latela mohlala oa hae.—Lik 19:9.
Tsenene.
Molamu o molelele o nang le motsu oa tšepe o sebelisoang ke balemi ho hlaba phoofolo. Tsenene e bapisoa le mantsoe a motho ea bohlale a thusang motho ea a mametseng hore a sebelise keletso eo. Ho “raha litsenene” ke ntho e etsoang ke poho e manganga e ntseng e raha tsenene hobane e sa batle ho hlajoa ka eona, leha ho le joalo ho etsa seo hoa e lematsa.—Lik 26:14; Bhl 3:31.
Tsoho ea bafu.
Lentsoe la Segerike e leng a·naʹsta·sis le bolela “ho tsoha; ho ema.” Ka Bibeleng ho buuoa ka litlaleho tse robong tsa batho ba ileng ba tsosoa bafung ho akareletsa le ha Jehova Molimo a ne a tsosa Jesu bafung. Le hoja batho ba bang ba ile ba tsosoa ke Elia, Elisha, Jesu, Petrose le Pauluse, mehlolo ena kaofela e ne e etsoa ka matla a Molimo. Taba ea hore “Molimo o tla tsosa batho ba lokileng le ba sa lokang” mona lefatšeng, e bohlokoa haholo morerong oa hae. (Lik 24:15) Hape Bibele e bua ka batho ba tla tsosetsoa ho ea phela leholimong, tsoho eo e bitsoa tsoho “ea pele.” Eona e akaretsa bana ba bo Jesu ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang.—Baf 3:11; Tše 20:5, 6; Joh 5:28, 29; 11:25.
Tuku.
Ke lesela le neng le thateloa hloohong. Moprista ea phahameng o ne a roala tuku ea lesela la boleng bo botle, eo ho eona ho neng ho tlameletsoe lesenke la khauta ka khoele e putsoa. Morena o ne a roala korone ea hae holim’a tuku. Jobo o ne a sebelisa lentsoe lena ka tsela ea tšoantšetso ha a ne a tšoantša toka ea hae le tuku.—Ex 28:36, 37; Job 29:14; Eze 21:26.
U
Urime le Thumime.
Ke lintho tse neng li sebelisoa ke moprista ea phahameng ka tsela e tšoanang le eo lotho e neng e sebelisoa ka eona. O ne a li sebelisa ha a batla ho tseba hore na Jehova o batla hore sechaba se etse lintho joang. Urime le Thumime li ne li kenngoa ka mokotleng oa sefuba oa moprista ea phahameng ha a kena ka tabernakeleng. Ho bonahala eka ha lia ka tsa hlola li sebelisoa ha Bababilona ba ne ba felisa Jerusalema.—Ex 28:30; Ne 7:65.
U teng.
Ka linako tse ling Mangolong a Segerike a Bakreste, mantsoe ana a bolela ho ba teng ha Jesu Kreste joaloka morena ho tloha ka nako eo a neng a khethoa hore e be Morena eo e leng Mesia matsatsing a ho qetela. Ho ba teng ha Kreste ha ho bolele ho ba teng ka nakoana feela empa ho bolela ho ba teng ho fihlela nako e behiloeng.—Mat 24:3.
Z
Zeuse.
Ke molimo e moholo oa bohetene oa Bagerike. Ha Barnabase a ne a le Listra, batho ba ne ba nahana hore ke Zeuse. Mengolo ea khale e fatiloeng e fumanoeng haufi le Listra e bua ka “baprista ba Zeuse” le “Zeuse molimo oa letsatsi.” Sekepe seo Pauluse a neng a tsamaea ka sona ha a tloha sehlekehlekeng sa Malta, se ne se e-na le letšoao le reng “Bara ba Zeuse” e leng Castor le Pollux bao e neng e le mafahla.—Lik 14:12; 28:11.
Zive.
Ke lebitso la mehleng ea khale la khoeli ea bobeli k’halendareng ea bolumeli ea Sejuda ebile ke khoeli ea borobeli k’halendareng ea temo. E ne e qala mahareng a khoeli ea April ho fihlela mahareng a khoeli ea May. E bitsoa Iyyar bukeng ea Talmud ea Melao ea Bajuda le libukeng tse ling tse ileng tsa ngoloa ka mor’a hore Baiseraele ba lokolloe botlamuoeng Babilona. (1Ma 6:37)—Sheba Ntlha ea B15.