Ditlhaloso Tsa Mantswe a Bibele
A B D E F G H I J K L M N O P Q R S T U Y Z
A
Ab.
Ke lebitso la kgwedi ya bohlano khalendareng ya bodumedi ya Sejuda ebile ke kgwedi ya bo11 khalendareng ya temo. Bajuda ba ne ba e sebedisa ha ba qeta ho tswa botlamuweng Babilona. E qala bohareng ba July ebe e fela bohareng ba August. Ha e bitswe ka lebitso ka Bibeleng empa ha ho buuwa ka yona ho thwe feela “kgwedi ya bohlano.” (Nu 33:38; Esd 7:9)—Sheba Ntlha ya B15.
Abibe.
Ke lebitso la kgwedi ya pele khalendareng ya bodumedi ya Sejuda ebile ke kgwedi ya bosupa khalendareng ya temo. Kgwedi ena e bolela “Diqwapi Tse Tala (Tsa Dijothollo),” e qala bohareng ba March ebe e fela bohareng ba April. Ha Bajuda ba qeta ho kgutla Babilona, kgwedi eo e ile ya bitswa Nisane. (De 16:1)—Sheba Ntlha ya B15.
Adare.
Ke kgwedi ya bo12 khalendareng ya bodumedi ya Sejuda ebile ke kgwedi ya botshelela khalendareng ya temo. Bajuda ba ne ba sebedisa khalendara ena ha ba qeta ho tswa botlamuweng Babilona. E ne e qala bohareng ba February e fela bohareng ba March. (Est 3:7)—Sheba Ntlha ya B15.
Akaia.
Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, Akaia ke profinse ya Roma e ka borwa ho Greece eo motsemoholo wa yona e leng Korinthe. Akaia e ne e nkella sehlekehleke sohle sa Peloponnese le karolo e bohareng ya Greece. (Dik 18:12)—Sheba Ntlha ya B13.
Alabastera.
Ke lebitso la dibotlolo tse nyenyane tse neng di tshela dioli tse nkgang ha monate. Dibotlolo tsena di ne di entswe ka lejwe le fumanehang haufi le motse wa Alabastron o Egepeta. Di ne di ena le melala e mesesaane e neng e ka kwahelwa e le hore oli e nkgang ha monate e se ke ya qhalana. Lejwe leo dibotlolo tsena di neng di entswe ka lona le lona le ile la bitswa alabastera.—Mar 14:3.
Alamothe.
Ke lentswe le sebediswang mminong le bolelang “Barwetsana” kapa “Basetsana.” E ka nna yaba le hlalosa lentswe leo barwetsana ba binang ka lona e leng soprano. Mohlomong lentswe lena le ne le sebedisetswa ho bontsha hore seletsa se lokela ho letswa ka noto e hodimo.—1Kr 15:20; Pes 46:Shl.
Aletare.
Ke ntho e kang sethala e batlang e phahame e entsweng ka mobu, majwe, ditene kapa patsi e kwahetsweng ka tshepe. E ne e sebedisetswa ho nyehela mahlabelo kapa ho tjhesa dibano. Ka kamoreng ya pele ya tabernakele le ya tempele, ho ne ho ena le “aletare ya kgauta” e nyenyane e sebedisetswang ho tjhesa dibano. E ne e entswe ka lepolanka le kwahetsweng ka kgauta. Ka ntle ho tempele ho ne ho ena le “aletare ya koporo” e kgolo eo ho neng ho etsetswa mahlabelo ho yona. (Ex 27:1; 39:38, 39; Ge 8:20; 1Ma 6:20; 2Kr 4:1; Lu 1:11)—Sheba Ntlha ya B5 le ya B8.
Alfa le Omega.
Alfa ke tlhaku ya pele lethathamong la ditlhaku tsa Segerike, Omega ke tlhaku ya ho qetela. Mantswe ana a sebedisitswe mmoho ka makgetlo a mararo bukeng ya Tshenolo e le ha ho buuwa ka Modimo. Hona moo ho Tshenolo, Alfa le Omega e bolela “wa pele le wa ho qetela” le “qalo le qetello.”—Tshe 1:8; 21:6; 22:13.
Amen.
E bolela “ha ho be jwalo” kapa “ka nnete.” Lentswe lena le tswa lentsweng la Seheberu e leng ʹa·manʹ le bolelang “ho tshepahala.” Le ne le sebediswa ha motho a dumellana le kano, thapelo kapa ntho e builweng. Ho Tshenolo le sebediswa ha ho buuwa ka Jesu.—De 27:26; 1Kr 16:36; Tshe 3:14.
Arame; Baarame.
Ke ditloholo tsa Arame mora wa Sema. Di ne di dula karolong e neng e qala Dithabeng Tsa Lebanone ho ya fihla Mesopotamia le karolong e neng e qala Dithabeng Tsa Taurus e ka leboya ho ya fihla Damaseka le dibakeng tse ka mose ho yona ka borwa. Sebaka sena seo ka Seheberu se bitswang Arame ha morao se ile sa bitswa Siria mme baahi ba sona ba ile ba bitswa Basiria.—Ge 25:20; De 26:5; Hos 12:12.
Areka ya selekane.
Ke ntho e kang lebokose e entsweng ka lepolanka le entsweng ka patsi ya sefate sa leoka ebe le kwahelwa ka kgauta. E ne e behwa ka Sehalaledisisong sa tabernakele yaba ha morao e behwa ka Sehalaledisisong sa tempele e hahilweng ke Solomone. E ne e ena le sekwahelo sa kgauta mme ho ena le dikerubime tse pedi tse shebaneng hodima sona. E nngwe ya dintho tsa bohlokwa tseo e neng e di tshetse ke matlapa a mabedi a neng a ngotswe Melao e Leshome. (De 31:26; 1Ma 6:19; Heb 9:4)—Sheba Ntlha ya B5 le B8.
Areopago.
Ke leralla le phahameng le motseng wa Athene ka leboyabophirimela ho Acropolis. Hape e ne e le lebitso la lekgotla le neng le tshwarela dikopano moo. Pauluse o ile a tliswa Areopago ke borafilosofi ba Baepikure le ba Bastoike hore a tlo hlalosa dithuto tseo a di rutang.—Dik 17:19.
Armagedone.
Ka Seheberu ke Har Meghid·dohnʹ, e bolelang “Thaba ya Megido.” Lentswe lena le sebediswa ha ho buuwa ka “ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo ya Matla Ohle” eo ho yona “marena a lefatshe lohle” a tla ikopanya ho lwantsha Jehova. (Tshe 16:14, 16; 19:11-21)—Sheba Tlhaloso ya MAHLOMOLA A MAHOLO.
Aselgeia.—
Sheba Tlhaloso ya BOITSHWARO BO BOBE BO ETSWANG KA HO SE SWABE.
Ashtorethe.
Ke modimotsana wa Bakanana. Batho ba neng ba mo rapela ba ne ba dumela hore o a ba thusa ntweng le ho etsa hore basadi ba be le bana. Hape e ne e le mosadi wa Baale.—1Sa 7:3.
Asia.
Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, ke profinse ya Roma e neng e akareletsa sebaka seo hona jwale e leng karolo e ka bophirimela ya naha ya Turkey. Hape e ne e nkeletse dihlekehleke tse ding tse kang Samose le Patmose. Motsemoholo wa yona e ne e le Efese. (Dik 20:16; Tshe 1:4)—Sheba Ntlha ya B13.
Azazele.
Ke lentswe la Seheberu leo e ka nnang yaba le bolela “Podi e Nyamelang.” Podi e neng e kgethilwe bakeng sa Azazele e ne e iswa lefeelleng ka Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tshwarelwa Dibe. Ho ne ho tshwana le ha eka e jara dibe tseo setjhaba se di entseng selemong se fetileng ebe e ya ka tsona lefeelleng.—Le 16:8, 10.
B
Baahlodi.
Ke batho bao Jehova a neng a ba kgethile hore ba pholose batho ba hae pele Baiseraele ba eba le marena lefatsheng.—Bhl 2:16.
Baale.
Ke modimo wa Bakanana. Batho ba mo rapelang ba ne ba re ke monga mahodimo, o fana ka dipula le ho etsa hore basadi ba be le bana. Medimo e meng ya Bakanana e neng e nkwa e le ka tlasana ho Baale le yona e ne e bitswa “Baale.” Ka Seheberu Baale e bolela “Monga” kapa “Monghadi.”—1Ma 18:21; Bar 11:4.
Bademona.
Ke dibopuwa tse kgopo tse nang le mmele ya moya, tse sa bonahaleng le tse nang le matla a fetang a batho. Ka ha Genese 6:2 e re ke “bara ba Modimo wa nnete” le Juda 6 e re ke “mangeloi,” ha ba a ka ba boptjwa ba le kgopo. Ke mangeloi a ileng a iketsa dira tsa Modimo ka ho se mamele Modimo mehleng ya Noe le ka ho ikopanya le Satane hore a fetohele Jehova.—De 32:17; Lu 8:30; Dik 16:16; Jak 2:19.
Bafarisi.
Ke lequlwana la bodumedi ba Sejuda le neng le tumme haholo mehleng ya baapostola. Bafarisi ba ne ba sa tswe lelokong la baprista mme ba ne ba mamela Molao wa Moshe haholo le dintlha tse nyenyane tsa wona. Hape ba ne ba nkela meetlo hodimo. (Mat 23:23) Ba ne ba hanela tshusumetso le ha e le efe ya setso sa Segerike. Ka ha ba ne ba ithutile Molao wa Moshe le meetlo, ba ne ba ena le taolo e kgolo setjhabeng. (Mat 23:2-6) Ba bang ba bona e ne e le ditho tsa Lekgotla le Phahameng la Bajuda e leng Sanhedrine. Hangata ba ne ba hanyetsa Jesu mabapi le hore na Sabatha e lokela ho ketekwa jwang, meetlo le ho etsa setswalle le baetsadibe le babokelli ba lekgetho. Ba bang ba bona e ile ya eba Bakreste ho akareletsa le Saule ya tswang Tarsase.—Mat 9:11; 12:14; Mar 7:5; Lu 6:2; Dik 26:5.
Balatedi ba Heroda.
E ne e le mokgatlo wa batho ba neng ba tshehetsa merero ya dipolotiki ya Boheroda ba neng ba busa ba kgethilwe ke Baroma. Ho ka etsahala hore Basaduse ba bang e ne e le ditho tsa mokgatlo ona. Balatedi ba Heroda ba ile ba ikopanya le Bafarisi hore ba hlasele Jesu.—Mar 3:6.
Balebedi ba Moemphera.
Ke sehlopha sa masole a Roma se neng se kgethilwe hore se sireletse moemphera wa Roma. Sehlopha sena se ile sa fetoha mmuso o matla wa dipolotiki o neng o kgona ho tshehetsa kapa ho diha moemphera.—Baf 1:13.
Bamede; Media.
Ke ditloholo tsa mora wa Jafeta ya bitswang Madai. Ba ne ba dula sebakeng se dithaba sa Iran seo ha morao e ileng ya eba naha ya Media. Bamede ba ile ba ikopanya le Babilona hore ba hlole Asiria. Ka nako eo, Persia e ne e le profinse ya Media. Le ha ho le jwalo, Saeruse o ile a e fetohela mme Media e ile ya ikopanya le Persia hore e be Mmuso o Moholo wa Medo-Persia o ileng wa hlola Mmuso o Moholo wa Neo-Babilonia ka selemo sa 539 pele ho mehla ya Jesu. Bamede ba ne ba le teng Jerusalema nakong ya Mokete wa Pentekonta ka selemo sa 33 mehleng ya baapostola. (Dan 5:28, 31; Dik 2:9)—Sheba Ntlha ya B9.
Banefilime.
Ke bara ba matla ba ratang ntwa bao e neng e le bana ba mangeloi a ileng a iphetola batho mme a etsa thobalano le basadi pele ho Morwallo.—Ge 6:4.
Banethinime.
Ke batho bao e seng Baiseraele ba neng ba sebeletsa tempeleng. Lentswe lena ka Seheberu le bolela “Bao ho Fanweng ka Bona” mme le bontsha hore ho ne ho fanwe ka bona hore e be basebeletsi ba tempele. Ho ka etsahala hore Banethinime ba bangata e ne e le ditloholo tsa Bagibeone bao Joshua a ileng a re e tla ba “ba rwallang patsi le ba kgang metsi bakeng sa setjhaba le bakeng sa aletare ya Jehova.”—Jos 9:23, 27; 1Kr 9:2; Esd 8:17.
Bara ba Arone.
Ke ditloholwana tsa setloholo sa Levi e leng Arone e leng yena wa pele ya ileng a kgethwa hore e be moprista ya phahameng nakong ya Molao wa Moshe. Bara ba Arone ba ne ba etsa mesebetsi ya boprista tabernakeleng le tempeleng.—1Kr 23:28.
Basaduse.
Ke lequlwana la bodumedi ba Sejuda le neng le tumme haholo mme ditho tsa lona di ne di ruile ebile le ena le baprista ba neng ba ena le matla a ho laola dintho tse etswang tempeleng. Basaduse ba ne ba sa dumellane le meetlo e mengata ya Bafarisi ha mmoho le dintho tseo Bafarisi ba neng ba di dumela. Ba ne ba sa dumele hore bafu ba ka tsoha le hore mangeloi a teng. Ba ne ba hanyetsa Jesu.—Mat 16:1; Dik 23:8.
Basamaria.
Ke lentswe leo qalong le neng le bua ka Baiseraele ba mmuso o ka leboya wa maloko a leshome empa ka mora hore Baasiria ba hlole Samaria ka 740 pele ho mehla ya Jesu, le ne le se le akareletsa baditjhaba ba neng ba tlisitswe ke Baasiria. Mehleng ya Jesu, lentswe leo le ne le sa sebediswe ha ho buuwa ka batho ba morabe o itseng kapa mokgatlo o itseng wa dipolotiki. Hangata le ne le sebediswa ha ho buuwa ka lequlwana la bodumedi le neng le le Shikeme le Samaria ya boholoholo. Batho ba neng ba tshehetsa lequlwana leo ba ne ba dumela dintho tse itseng tse neng di fapane hole le tsa Sejuda.—Joh 8:48.
Bate.
Ke tekanyo ya dintho tse metsi eo ho hakanngwang hore e lekana le dilithara tse 22. Ho hakanngwa hore e boholo bo bokaalo ka lebaka la maqhetswana a dinkgo tse ngotsweng lentswe lena a fumanweng ke bafuputsi ba dintho tsa kgale. Boholo ba ditekanyo tse ding tse ommeng le tse metsi tse hlahang ka Bibeleng di methwa ho ya ka hore na bate e hakanngwa ho ba boholo bo bokae. (1Ma 7:38; Eze 45:14)—Sheba Ntlha ya B14.
Batho ba reng ba bolela diketsahalo esale pele.
Beelzebube.
Boahlamo ba seatla.
Ke bophara ba ho tloha monwaneng o motona wa letsoho ho ya ho o monyenyane ha motho a butse seatla. Ha setswe se le bolelele ba disenthimithara tse 44,5, boahlamo ba seatla e tla ba bolelele ba disenthimithara tse 22,2. (Ex 28:16; 1Sa 17:4)—Sheba Ntlha ya B14.
Bofebe.
Bohlola.—
Bohobe ba pontsho.
Ke mahobe a 12 a neng a pakilwe ka dihlopha tse pedi. Sehlopha ka seng se ne se ena le mahobe a tsheletseng, a ne a behilwe tafoleng ka Sehalaledisisong sa tabernakele kapa sa tempele. Bo ne bo boetse bo bitswa “bohobe bo halalelang.” Nyehelo ena e neng e etsetswa Modimo, e ne e tloswa ha ho behwa bohobe bo botjha ka Sabatha e nngwe le e nngwe. Bohobe bo neng bo tloswa, bo ne bo jewa ke baprista feela. (2Kr 2:4; Mat 12:4; Ex 25:30; Le 24:5-9; Heb 9:2)—Sheba Ntlha ya B5.
Bohobe bo halalelang.—
Sheba BOHOBE BA PONTSHO.
Boinehelo, pontsho e halalelang ya.
Ke lesenke le benyang la kgauta le neng le ngotswe mantswe a reng “Kgalalelo ke ya Jehova” ka Seheberu. Le ne le behwa karolong e ka pele tukung ya moprista ya phahameng. (Ex 39:30)—Sheba Ntlha ya B5.
Boitlamo.
Boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano.
Mantswe ana a tswa lentsweng la Segerike por·neiʹa. Ke polelo e sebediswang ka Mangolong ha ho buuwa ka mefuta ya thobalano eo Modimo a sa e dumelleng. Bo akareletsa bofebe, botekatse, thobalano pakeng tsa batho ba sa nyalanang, banna ba etsang thobalano le banna ba bang le batho ba etsang thobalano le diphoofolo. Lengolong la Tshenolo le sebedisitswe ka tsela ya tshwantshetso ha ho buuwa ka letekatse la bodumedi le bitswang “Babilona e Moholo” ho hlalosa ka moo le ikamahanyang le babusi ba lefatshe hore le be matla le be le rue. (Tshe 14:8; 17:2; 18:3; Mat 5:32; Dik 15:29; Gal 5:19)—Sheba LETEKATSE.
Boitshwaro bo bobe bo etswang ka ho se swabe.
Ka Segerike polelo ena ke a·selʹgei·a. E bolela diketso tse mpe haholo tse kgahlanong le melao ya Modimo tseo motho a di etsang ka sebete sohle, ka ho tella ebile a sa swabe le ho swaba. Ke moya oo motho a ka bang le wona o bontshang hore o tella bolaodi ebile ha a hlomphe melao. Polelo ena ha e bue ka phoso e nyenyane kapa e sa reng letho.—Gal 5:19; 2Pe 2:7.
Bokwenehi.
Ka Segerike lentswe lena ke a·po·sta·siʹa, le tswa leetsing le bolelang “ho suthela hole le.” Ha lentswe lena e le lereho le bolela “ho tlohela, ho lahla kapa borabele.” Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, lentswe “bokwenehi” le sebediswa haholo ha ho buuwa ka batho ba tlohelang borapedi ba nnete.—Pr 11:9; Dik 21:21; 2Th 2:3.
Boloi.
Ho sebedisa matla ao ho dumelwang hore a tswa ho bademona.—2Kr 33:6.
Bolwetse.
Mangolong a Seheberu, hangata lentswe lena le sebediswa ha ho buuwa ka lefu le itseng kapa kotlo e tswang ho Jehova.—Nu 16:49.
Bomadimabe.
Bommaseterata.
Mmusong wa Babilona, bommaseterata e ne e le balaodi ba ditereke ba neng ba tseba molao mme ba ena le bolaodi bo lekanyeditsweng ba ho ahlola. Dinaheng tsa Roma bommaseterata e ne e le basebeletsi ba mmuso. Mosebetsi wa bona e ne e le ho etsa bonnete ba hore dintho di dula di hlophisehile, ho thusa ka tsa ditjhelete, ho ahlola batho ba tlolang molao le ho fana ka taelo ya hore ba fuwe kotlo.—Dan 3:2; Dik 16:20.
Boprofeta.
Ke molaetsa o halalelang, e ka ba o senolang thato ya Modimo kapa o fanang ka taelo ya hore e bolelwe. Boprofeta e ka ba molaetsa o rutang, taelo, kahlolo e tswang ho Modimo kapa molaetsa o tsebisang se tlang ho etsahala.—Eze 37:9, 10; Dan 9:24; Mat 13:14; 2Pe 1:20, 21.
Borafilosofi ba Baepikure.
Ke balatedi ba rafilosofi wa Mogerike e leng Epicurus (ya phetseng ho tloha ka selemo sa 341 ho ya ho sa 270 pele ho mehla ya Jesu). Ba ne ba dumela hore ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ke hore motho a ithabise.—Dik 17:18.
Borafilosofi ba Bastoike.
Ke sekolo sa Bagerike sa borafilosofi ba neng ba dumela hore thabo e tliswa ke hore motho a sebedise bokgoni ba hae ba ho nahana le hore a utlwisise melao ya tlhaho le ho phela ka yona. Ho ya ka bona, motho ya leng bohlale ha a lokela ho tsotella hore na o a thaba kapa o utlwa bohloko.—Dik 17:18.
Bule.
Ke lebitso la kgwedi ya borobedi khalendareng ya bodumedi ya Sejuda ebile ke kgwedi ya bobedi khalendareng ya temo. E tswa lentsweng le bolelang “tjhai” kapa “dihlahiswa” mme e ne e qala mahareng a October ebe e fela mahareng a November. (1Ma 6:38)—Sheba Ntlha ya B15.
D
Dagone.
Ke Modimo wa Bafilista. Ha ho tsejwe hantle hore na lentswe lena le tswa hokae empa ditsebi tse ding di re le amana le lentswe la Seheberu dagh (tlhapi).—Bhl 16:23; 1Sa 5:4.
Darike.
Ke tjhelete ya Persia e entsweng ka kgauta eo boima ba yona bo etsang dikramo tse 8,4. (1Kr 29:7)—Sheba Ntlha ya B14.
Dekapolise.
Lentswe lena le tswa lentsweng la Segerike e leng deʹka le bolelang “leshome” le la poʹdis le bolelang “motse.” Ke sehlopha sa metse ya Bagerike se qadileng se ena le metse e leshome. Hape e ne e le lebitso la karolo e ka botjhabela ho Lewatle la Galilea le Noka ya Jordane moo boholo ba metse ena e neng e le hona teng. Metseng eo, batho ba ne ba phela ka meetlo ya Segerike le kgwebo e ne e tsamaiswa Segerike. Jesu o ile a feta karolong eo empa ha ho na moo Bibele e reng o ile a hla a ya metseng ya Dekapolise. (Mat 4:25; Mar 5:20)—Sheba Ntlha ya A7 le B10.
Denari.
Ke tjhelete ya Roma e entsweng ka silevera e boima ba dikramo tse ka bang 3,85. E ne e ena le setshwantsho sa Sesare ka lehlakoreng le le leng. Ke tjhelete eo motho a neng a e kgola ka letsatsi ebile ke tjhelete ya “lekgetho” eo Baroma ba neng ba e batla ho Bajuda. (Mat 22:17; Lu 20:24)—Sheba Ntlha ya B14.
Diabolose.
Dibano.
Ke motswako wa mefuta ya mamina a sefate kapa boroku bo nkgang ha monate le mefuta ya dibalsame tse neng di tjheswa hore di nkge ha monate. Ho ne ho ena le dibano tse kgethehileng tse entsweng ka metswako e mene, tse neng di sebediswa tabernakeleng le tempeleng. Di ne di tjheswa hoseng le mantsiboya aletareng ya dibano ka Sehalalelong mme ka Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tshwarelwa Dibe di ne di tjhesetswa ka Sehalaledisisong. Di ne di bontsha hore Modimo o amohela dithapelo tsa bahlanka ba hae ba tshepahalang. Bakreste ba ne ba sa hloke ho sebedisa dibano.—Ex 30:34, 35; Le 16:13; Tshe 5:8.
Dibano tse tshweu.
Ke boroku (mamina a sefate) bo tswang difateng le dihlahleng tsa mofuta wa Boswellia. Ha di tjheswa di ne di ntsha monko o monate. Di ne di sebediswa ha ho etswa dibano tse halalelang tse neng di sebediswa tabernakeleng le tempeleng. Di ne di iswa le dinyehelo tsa dijo mme di behwa moo bohobe ba pontsho bo neng bo behwa teng ka Sehalalelong.—Ex 30:34-36; Le 2:1; 24:7; Mat 2:11.
Dihlomo.
Ke diaparo tseo masole a neng a di apara tse neng di a sireletsa. E ne e le helmete, seaparo sa tshepe se nang le makgakgapha, lebanta, ditshireletso tsa meomo le thebe.—1Sa 31:9; Ef 6:13-17.
Dijothollo.
Ke dijo tse kotutsweng masimong tse kang koro kapa harese.
Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena.
Dijo tsena di akareletsa bohobe bo se nang tomoso le veine tse tshwantshetsang mmele wa Kreste le madi a hae. Ke sehopotso sa lefu la Jesu. Ketsahalo ena e bitswa “Sehopotso” hobane Bibele e laela Bakreste hore ba e hopole.—1Ko 11:20, 23-26.
Dikepe tsa Tarshishe.
Qalong lentswe lena le ne le sebediswa ha ho buuwa ka dikepe tse neng di ya Tarshishe ya mehleng ya kgale (hona jwale e bitswa Spain). Ho bonahala eka polelwana ena e ile ya qetella e se e le lebitso la dikepe tse kgolo tse nkang maeto a malelele. Solomone le Josafate ba ile ba sebedisa dikepe tsena ha ba ne ba etsa kgwebo.—1Ma 9:26; 10:22; 22:48.
Dikerubime.
Ke mangeloi a boemo bo phahameng a nang le mosebetsi o kgethehileng. A fapane le dirafime.—Ge 3:24; Ex 25:20; Esa 37:16; Heb 9:5.
Dikgwele tse lohang.
Tsena ke dikgwele tsa mefuta e mmedi tse kopanngwang ha mmoho ho etsa lesela.—Bhl 16:13; Le 13:59.
Dimpho tsa mohau.
Ke dimpho tse neng di fuwa motho ya hlokang. Mangolo a Seheberu ha a bue ka dimpho tsena ka ho toba. Le ha ho le jwalo, Molao o neng o filwe Moshe o ne o laela Baiseraele ka ho hlaka hore ba lokela ho thusa bafutsana.—Mat 6:2.
Dintho tse timang mollo.
Ke dithulusi tse neng di sebediswa tabernakeleng le tempeleng. Di ne di entswe ka kgauta kapa koporo. Mohlomong di ne di tshwana le dikere mme di sebedisetswa ho tima mollo ka ho kgaola kgwele ya lebone.—2Ma 25:14.
Dipane tsa mollo.
Ke disebediswa tse neng di entswe ka kgauta, silevera kapa koporo. Di ne di sebediswa tabernakeleng le tempeleng ho tjhesa dibano, ho tlosa mashala aletareng ya mahlabelo le ho ntsha dikgwele tsa mabone ka hara didulwana tsa mabone tsa kgauta. Di ne di boetse di bitswa dipitsa tsa ho tjhesetsa dibano.—Ex 37:23; 2Kr 26:19; Heb 9:4.
Dirafime.
Ditaba tse monate.
Diterafime.
Ke medimo kapa ditshwantsho tse rapelwang tsa lelapa. Ka dinako tse ding batho ba ne ba di rapela ha ba batla ho tseba bokamoso. (Eze 21:21) Ditshwantsho tse ding di ne di bopehile jwalo ka batho ebile di lekana le bona mme tse ding di le nyenyane haholo. (Ge 31:34; 1Sa 19:13, 16) Dintho tseo baepolli ba dintho tsa kgale ba di fumaneng Mesopotamia di bontsha hore ho ba le ditshwantsho tsa diterafime ho ne ho bolela hore ke mang ya tla fumana lefa la lelapa. (Ho ka etsahala hore ke lona lebaka le entseng hore Ragele a nke diterafime tsa ntate wa hae.) Le hoja borapedi ba ditshwantsho tsa diterafime bo ne bo le teng mehleng ya baahlodi le marena, ntho ena e ne e sa etswe Iseraele. Diterafime tsena ke tse ding tsa dintho tseo Morena Josiase a ileng a di fedisa.—Bhl 17:5; 2Ma 23:24; Hos 3:4.
Dithaba tsa Lebanone.
E nngwe ya dithaba tse pedi tse atamelaneng hara dithaba tsa naha ya Lebanone. Thaba e nngwe e ka bophirimela mme e nngwe e ka botjhabela. Di arolwa ke kgohlo e telele e nang le mobu o nonneng. Dithaba tseo di qala haufi le lebopo la Mediterranean mme thaba e telele hara tsona e ka ba bolelele ba dimithara tse 3 000. Mehleng ya boholoholo, naha ya Lebanone e ne e ena le difate tse kgolo tsa kedare, tseo batho ba ditjhaba tse haufi ba neng ba di reka ka tjhelete e ngata. (De 1:7; Ps 29:6; 92:12)—Sheba Ntlha ya B7.
Ditholwana tsa pele.
Ke dijo tse butswang pele ka nako ya kotulo kapa dihlahiswa tsa pele tsa ntho le ha e le efe. Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba mo fe ditholwana tsa pele, ebang ke batho, diphoofolo kapa dihlahiswa tse jalwang. Baiseraele ba ne ba fa Modimo ditholwana tsa pele ka nako ya Mokete wa Mahobe a se Nang Tomoso le ka Pentekonta. Mantswe “ditholwana tsa pele” a boetse a sebediswa ka tsela ya tshwantshetso ha ho buuwa ka Kreste le balatedi ba hae ba tlotsitsweng.—1Ko 15:23; Nu 15:21; Pr 3:9; Tshe 14:4.
Ditlamo.
Ditshwantsho; Borapedi ba ditshwantsho.
Ke ditshwantsho tseo batho ba ka di sebedisang ha ba rapela, tse emelang ntho le ha e le efe eo motho a kgonang ho e bona kapa eo a e nahanang. Borapedi ba ditshwantsho ke ho hlompha, ho rata, ho rapela kapa ho tlotla modimo wa setshwantsho.—Ps 115:4; Dik 17:16; 1Ko 10:14.
Ditsie.
Ke mefuta ya marutle a tsamayang ka dihlopha tse kgolo. Ho ya ka Molao oo Modimo a neng a o file Moshe, batho ba ne ba ka di ja hobane di ne di hlwekile. Marutle a neng a tsamaya ka dihlopha tse kgolo a ja ntho e nngwe le e nngwe a bile a baka tshenyo e kgolo moo a fetileng teng, a ne a nkwa e le kotlo.—Ex 10:14; Mat 3:4.
Drakema.
Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, ke tjhelete ya silevera ya Bagerike. Mehleng eo e ne e le boima ba dikramo tse 3,4. Ka Mangolong a Seheberu, ho na le moo ho buuwang ka drakema ya kgauta e neng e sebediswa mehleng ya Bapersia e lekanang le darike. (Ne 7:70; Mat 17:24)—Sheba Ntlha ya B14.
E
Edomo.
Ke lebitso le leng la Esau mora wa Isaka. Ditloholo tsa Esau (Edomo) di ile tsa dula Seire e leng sebaka se dithaba se dipakeng tsa Lewatle le Shweleng le Kou ya ‘Aqaba. Sebaka seo se ile sa bitswa Edomo. (Ge 25:30; 36:8)—Sheba Ntlha ya B3 le ya B4.
Efa.
Ke tekanyo ya dintho tse ommeng hape ke ntho e kang nkgo e neng e sebediswa bakeng sa ho metha dijothollo. E lekana le bate e neng e metha dintho tse metsi. Efa e lekana le dilithara tse 22. (Ex 16:36; Eze 45:10)—Sheba Ntlha ya B14.
Efoda.
Ke seaparo sa baprista se kang foreskoto. Moprista ya phahameng o ne a apara se fapaneng le sa baprista ba bang. Sa hae se ne se ena le mokotlana wa sefuba o kgabisitsweng ka majwe a 12 a bohlokwa. (Ex 28:4, 6)—Sheba Ntlha ya B5.
Efraime.
Elule.
Ke kgwedi ya botshelela khalendareng ya bodumedi ya Sejuda ebile ke kgwedi ya bo12 khalendareng ya temo. E ne e qala bohareng ba August e fela bohareng ba September. (Ne 6:15)—Sheba Ntlha ya B15.
Ethanime.
Ke lebitso la kgwedi ya bosupa khalendareng ya bodumedi ya Sejuda mme ke kgwedi ya pele khalendareng ya temo. E ne e qala mahareng a kgwedi ya September e fela mahareng a kgwedi ya October. Ha Bajuda ba tswa botlamuweng Babilona ba ile ba e bitsa Tishri. (1Ma 8:2)—Sheba Ntlha ya B15.
Ethiopia.
Ke naha ya boholoholo e ka borwa ho Egepeta. E ne e le naha eo kajeno e leng Sudan ebile e akareletsa karolo e kgolo e ka borwa ya naha eo kajeno e leng Egepeta. Ka dinako tse ding ha ho buuwa ka Ethiopia ho sebediswa lentswe la Seheberu “Kushe.”—Est 1:1.
Eufrate.
Ke noka e telele le e bohlokwa haholo karolong e ka borwabophirimela naheng ya Asia ebile ke e nngwe ya dinoka tse kgolo Mesopotamia. Ho buuwa ka yona ka lekgetlo la pele ho Genese 2:14 e le e nngwe ya dinoka tse nne tsa Edene. Hangata e bitswa “Noka.” (Ge 31:21) E ne e arola dinaha tse ding ho naha eo Baiseraele ba neng ba dula ho yona. (Ge 15:18; Tshe 16:12)—Sheba Ntlha ya B2.
F
Faro.
Fathome.
Ke sesebediswa se methang hore na metsi a tebile hakae. Se lekana le dimithara tse 1,8. (Dik 27:28)—Sheba Ntlha ya B14.
Filistia; Bafilista.
Ke naha e ka borwa lebopong la Iseraele mme e ile ya rehwa Filistia. Baditjhaba ba tswang Kreta ba ileng ba dula moo ba ile ba bitswa Bafilista. Davida o ile a ba hlola empa ya nna ya eba setjhaba se ikemetseng mme ba dula e le dira tsa Baiseraele. (Ex 13:17; 1Sa 17:4; Amo 9:7)—Sheba Ntlha ya B4.
Foreimi e etsang masela.
Ke foreimi e sebedisetswang ho loha masela ka kgwele kapa ka ulu.—Ex 39:27.
G
Gehena.
Ke lebitso la Segerike la Kgohlo ya Hinome, e ka borwa le ka borwabophirimela ho Jerusalema ya mehleng ya kgale. (Jer 7:31) Ho ile ha profetwa hore ditopo di ne di tla lahlelwa sebakeng sena. (Jer 7:32; 19:6) Ha hona bopaki bo bontshang hore ho ne ho lahlelwa diphoofolo kapa batho Gehena hore ba tjheswe ba phela kapa ba hlokofatswe. Ka lebaka leo, sebaka sena ha se tshwantshetse sebaka se sa bonahaleng moo meya ya batho e hlokofatswang teng ka ho sa feleng mollong. Ho ena le hoo, Jesu le barutuwa ba hae ba ne ba etsa mohlala ka Gehena ho tshwantshetsa kahlolo ya ho qetela ya “lefu la bobedi” e leng ho fediswa ka ho sa feleng.—Tshe 20:14; Mat 5:22; 10:28.
Gera.
Ke boima bo lekanang le dikramo tse 0,57. Digera tse 20 di lekana le shekele e le nngwe. (Le 27:25)—Sheba Ntlha ya B14.
Gileade.
Ke karolo e nang le mobu o nonneng, e ka botjhabela ho Noka ya Jordane, e fihlang ka leboya le ka borwa ho Kgohlo ya Jaboke. Ka dinako tse ding, lebitso lena le ne le sebediswa ha ho buuwa ka naha yohle ya Iseraele e ka botjhabela ho Jordane, moo maloko a Rubene, Gade le halofo ya leloko la Manase a neng a dula teng. (Nu 32:1; Jos 12:2; 2Ma 10:33)—Sheba Ntlha ya B4.
Gitithe.
Ke lentswe le sebediswang mminong leo ho sa tsebahaleng hantle hore na le bolelang. Ho bonahala eka le tswa lentsweng la Seheberu e leng gath. Batho ba bang ba dumela hore e ka nna yaba ke morethetho o amanang le dipina tsa ha ho etswa veine ka ha gath e bolela sehatelo sa veine.—Ps 81:Shl.
H
Hadese.
Ke lentswe la Segerike le tsamaisanang le la Seheberu e leng “Sheole.” Ha le fetoletswe e le “Lebitla” (le qalang ka tlhaku e kgolo), le bolela boemo ba tshwantshetso boo boholo ba batho ba bang ho bona ha ba shwele.—Sheba LEBITLA.
Hermese.
Ke modimo wa Bagerike, mora wa Zeuse. Ha Pauluse a ne a le Listra, batho ba ile ba mo bitsa Hermese ka phoso ba nahanne ka mosebetsi wa modimo eo wa ho ba moromuwa wa medimo le hore ke modimo ya nang le bokgoni ba ho bua.—Dik 14:12.
Heroda.
Ke lebitso la lelapa la boreneng la batho ba neng ba kgethilwe ke Roma hore ba buse Bajuda. Heroda e Moholo o ne a tsebahala ka hore o ile a haha tempele ya Jerusalema botjha le ka ho fana ka taelo ya hore bana ba bolawe ka morero wa ho bolaya Jesu. (Mat 2:16; Lu 1:5) Bara ba Heroda e Moholo e leng Heroda Arkelause le Heroda Antipase, ba ile ba kgethwa hore ba buse dikarolo tse ding tsa puso ya ntate wa bona. (Mat 2:22) Antipase e ne e le mmusi wa setereke ya neng a tsebahala e le “morena.” O busitse nakong ya tshebeletso ya Kreste ya dilemo tse tharo le halofo ho fihlela ka nako ya diketsahalo tse hlalositsweng ho Diketso kgaolo ya 12. (Mar 6:14-17; Lu 3:1, 19, 20; 13:31, 32; 23:6-15; Dik 4:27; 13:1) Ka mora moo, Heroda Agripa wa Pele e leng setloholo sa Heroda e Moholo, o ile a bolawa ke lengeloi la Modimo ka mora hore a buse ka nako e kgutshwanyane. (Dik 12:1-6, 18-23) Mora wa hae e leng Heroda Agripa wa Bobedi, o ile a busa ho fihlela ha Bajuda ba fetohela mmuso wa Roma.—Dik 23:35; 25:13, 22-27; 26:1, 2, 19-32.
Higaione.
Ke lentswe le sebediswang ho tataisa dibini. Jwalo ka ha le sebedisitswe ho Pesaleme ya 9:16, le ka bolela modumo o llelang tlase wa harepa kapa ho thola ka nakwana e le ho thusa motho hore a nahanisise.
Hine.
Ke nkgo e lekanyang dintho tse metsi. E lekana le dilithara tse 3,67. (Ex 29:40)—Sheba Ntlha ya B14.
Hisopa.
Ke semela se nang le makala le makgasi a masesaane, se neng se sebedisetswa ho fafatsa madi kapa metsi meketeng ya ho hlwekisa. Ho ka etsahala hore lentswe la Segerike le la Seheberu le sebedisitsweng ka Bibeleng le akareletsa mefuta e fapaneng ya dimela. Mohlomong hisopa eo ho buuwang ka yona ho Johanne 19:29, e ne e le telele hoo e neng e ena le thupa e ka kgonang ho hloma sepontjhe sa veine e bodila ho se isa molomong wa Jesu.—Ex 12:22; Ps 51:7.
Hlooho ya pilara.
Karolo e ka hodimo ya pilara. Ke dihlooho tse kgolo tsa dipilara tse pedi e leng Jakine le Boase tse neng di eme ka pela tempele e hahilweng ke Solomone. (1Ma 7:16)—Sheba Ntlha ya B8.
Ho beha matsoho.
Ho buisana le badimo.
Ke tumelo ya hore batho ba shweleng ba tswela pele ba phela le hore ba kgona ho buisana le batho ba phelang, haholoholo le batho bao ho thweng ba kgona ho buisana le batho bao ba shweleng. Lentswe la Segerike e leng phar·ma·kiʹa le fetoletsweng e le “ho buisana le badimo” hantlentle le bolela “ho sebedisa ditlhare.” Lentswe leo le ne le amahanngwa le ho buisana le badimo hobane mehleng ya kgale batho ba ne ba sebedisa ditlhare ha ba bitsa matla a bademona e le hore ba loye batho ba bang.—Gal 5:20; Tshe 21:8.
Ho hlweka.
Ka Bibeleng, lentswe lena ha le sebediswe feela ha ho buuwa ka ho hlweka mmeleng. Le boetse le sebediswa ha ho buuwa ka motho ya dulang a itshwere hantle kapa ya fetolang diketso tsa hae tse mpe e le hore kamano ya hae le Modimo e ka ba ntle. Molaong wa Moshe, lentswe lena le ne le boetse le sebediswa ha ho buuwa ka ho hlweka ho ya ka molao.—Le 10:10; Ps 51:7; Mat 8:2; 1Ko 6:11.
Ho iswa botlamuweng.
Ke ho lelekwa naheng ya heno ke batho ba le hlotseng ntweng. Lentswe leo ka Seheberu le bolela “ho tsamaya.” Baiseraele ba ile ba iswa botlamuweng ka makgetlo a mabedi. Baasiria ba ile ba isa Baiseraele ba mmusong o ka leboya wa maloko a leshome botlamuweng mme ha morao Bababilona ba ile ba isa Baiseraele ba mmusong o ka borwa wa maloko a mabedi botlamuweng. Saeruse morena wa Persia o ile a laela hore batlamuwa ba setseng ba mebuso eo ka bobedi ba kgutlele dinaheng tsabo bona.—2Ma 17:6; 24:16; Esd 6:21.
Ho itima dijo.
Ke ho se je ho fihlela nako e itseng e feta. Baiseraele ba ne ba itima dijo ka Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tshwarelwa Dibe, ha ba nyahame le nakong eo ba kopang hore Modimo a ba tataise. Bajuda bona ba ne ba itima dijo ka makgetlo a mane selemong, ho ikgopotsa diketsahalo tsa bohlokwa historing ya bona. Bakreste ha ba a laelwa hore ba itime dijo.—Esd 8:21; Esa 58:6; Lu 18:12.
Ho loka.
Ho nyala mosadi wa ngwaneno.
Ho pola; Seotlo.
Ho pola ke ho ntsha dijothollo tse kang koro ditlhakeng tsa tsona le ho di arohanya le mmoko. Seotlo ke moo mosebetsi ona o neng o etsetswa teng. Ha batho ba pola ba ne ba sebedisa ntho e kang palo. Ha dijalo di le ngata haholo ba ne ba sebedisa selei sa ho pola se hulwang ke diphoofolo. Selei sena se ne se tsamaya hodima dijothollo tse adilweng seotlong e leng sebaka se sedikadikwe. Hangata se ne se eba moo ho phahameng ho bile ho ena le moya.—Le 26:5; Esa 41:15; Mat 3:12.
Ho sebeletsa Modimo.
Ho sebeletsa Modimo ka botshepehi.
Ho se hlweke.
Ho shapa.
Mangolong a Segerike a Bakreste, mantswe ana a bolela ho shapa motho ka sephadi se nang le mafito kapa se sehang.—Joh 19:1.
Ho thonaka.
Ke ho bokella dijothollo tseo bakotudi ba di siileng ebang ke ka morero kapa tjhe. Molao oo Modimo a neng a o file Moshe o ne o re batho ba se ke ba kotula moedi wa masimo a bona ka ho feletseng kapa ba kga mohlwaare le morara kaofela. Modimo o ne a laetse hore bafutsana, batho ba mahlomoleng, baditjhaba, dikgutsana le bahlolohadi ba fuwe tokelo ya ho thonaka dijothollo tse setseng ka mora kotulo.—Ru 2:7.
Ho tlotsa.
Ka Seheberu polelwana ena e bolela “ho tshela kapa ho tlotsa ka oli.” Motho o ne a tshelwa ka oli ho bontsha hore o kgethetswe ho etsa mosebetsi o kgethehileng. Dintho tse ding le tsona di ne di tshelwa ka oli ha di kgethetswe ho etsa mosebetsi o kgethehileng. Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, ha ho buuwa ka hore batho ba kgethetsweng ho ya lehodimong ba fuwe moya o halalelang, ho thwe ba tlotsitswe.—Ex 28:41; 1Sa 16:13; 2Ko 1:21.
Ho utlwa bohloko.
Ke tsela eo motho a bontshang maikutlo a hae ka yona ha a hlokahaletswe kapa a utlwisitswe bohloko ke ntho e itseng. Mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele ho ne ho tlwaelehile hore motho a bontshe hore o utlwile bohloko ka nako e itseng. Ntle le hore motho a lle a hweleditse, batho ba utlwileng bohloko ba ne ba apara diaparo tse kgethehileng, ba itshela ka molora hloohong, ba tabola diaparo tsa bona ba bile ba ikotla difubeng. Ka dinako tse ding, batho ba neng ba ipabola ka ho utlwa bohloko ba ne ba mengwa mafung.—Ge 23:2; Est 4:3; Tshe 21:4.
Homere.
Ke sesebediswa se lekanyang dintho tse ommeng se tsamaisanang le kore. Ho ya ka tekanyo e hakantsweng ya bate, e lekana le dilithara tse 220. (Le 27:16)—Sheba Ntlha ya B14.
Horebe; Thaba ya Horebe.
Sebaka se dithaba se potapotileng Thaba ya Sinai. Ke lebitso le leng la Thaba ya Sinai. (Ex 3:1; De 5:2)—Sheba Ntlha ya B3.
I
Ilirikame.
Ke profinse ya Roma e ka leboyabophirimela ho Greece. Ha Pauluse a ntse a etsa mosebetsi wa hae wa boboledi, o ile a fihla sebakeng sena empa ha ho hlaloswe hore na o ile a ruta molaetsa wa Bibele moo kapa o ile a feta feela. (Bar 15:19)—Sheba Ntlha ya B13.
Iseraele.
Ke lebitso leo Modimo a ileng a le fa Jakobo. Ditloholo tsohle tsa hae di ile tsa bitswa ka lona. Hangata ditloholo tsa bara ba 12 ba Jakobo di ne di bitswa bara ba Iseraele, ba ntlo ya Iseraele, batho kapa setjhaba sa Iseraele kapa Baiseraele. Iseraele e ile ya boela ya sebediswa e le lebitso la mmuso o ka leboya wa maloko a leshome o neng o ikarotse ho mmuso o ka borwa. Ha morao lebitso lena le ile la sebediswa ha ho buuwa ka Bakreste ba tlotsitsweng e leng “Iseraele ya Modimo.”—Gal 6:16; Ge 32:28; 2Sa 7:23; Bar 9:6.
J
Jakobo.
Ke mora wa Isaka le Rebeka. Ha morao Modimo o ile a re ke Iseraele mme e ile ya eba hlooho ya batho ba Iseraele (bao hape ba bitswang Baiseraele mme ha morao ba ile ba bitswa Bajuda). O ne a ena le bara ba 12 mme bona le ditloholo tsa bona e ile ya eba maloko a 12 a setjhaba sa Iseraele. Lebitso Jakobo le ile la nna la sebediswa ha ho buuwa ka setjhaba kapa batho ba Iseraele.—Ge 32:28; Mat 22:32.
Jeduthune.
Ke lentswe leo ho sa tsebahaleng hantle hore na le bolelang le hlahang sehloohong sa Pesaleme ya 39, 62 le 77. Mantswe ana a sehlooho a utlwahala e le taelo ya ka moo dipesaleme tseo di lokelang ho binwa ka teng, mokgwa oo di lokelang ho bapalwa ka wona kapa seletsa se lokelang ho sebediswa. Ho ne ho ena le sebini sa Molevi se bitswang Jeduthune, ka hoo ho ka etsahala hore mokgwa ona wa ho bina kapa seletsa sa wona se ne se amahanngwa le yena kapa bara ba hae.
Jehova.
Ke lebitso le sebedisitsweng ho fetolela Tetragrammaton (e leng ditlhaku tse nne tsa Seheberu tse emelang lebitso la Modimo), le hlahang ka makgetlo a fetang 7 000 Bibeleng ena.—Sheba Ntlha ya A4 le ya A5.
Joko.
Ke palo e neng e jariswa motho mahetleng mme ho ne ho behwa merwalo lehlakoreng ka leng la yona kapa ke palo e sebediswang ho pana diphoofolo tse pedi (hangata dikgomo) ha di hula mohoma kapa kariki. Ka ha hangata makgoba a ne a sebedisa dijoko ho jara merwalo e boima, joko e ne e sebediswa ka tsela ya tshwantshetso ho emela bokgoba kapa ho ikokobeletsa motho e mong. Hape e ne e tshwantshetsa ho hatellwa le ho sotleha. Ho ntsha joko kapa ho e roba ho ne ho bolela ho lokollwa bokgobeng, kgatellong le tshotlehong.—Le 26:13; Mat 11:29, 30.
Jubile (Selemo sa Tokoloho).
Ke selemo se seng le se seng sa bo50, se neng se balwa ho tloha ha Baiseraele ba ne ba fihla Naheng e Tshepisitsweng. Naha e ne e sa lokela ho lengwa ka selemo sa Jubile ebile Baheberu bao e neng e le makgoba ba ne ba lokela ho lokollwa. Naha eo e neng e le lefa e neng e rekisitswe e ne e lokela ho kgutliswa. Ha e le hantle, ka Jubile ho ne ho ketekwa selemo kaofela. E ne e le selemo sa tokoloho se neng se hopotsa setjhaba maemo ao se neng se a thabela qalong ha Modimo a ne a se kgetha hore e be setjhaba sa hae.—Le 25:10.
Juda.
Ke mora wa bone wa Jakobo le mosadi wa hae Lea. Boprofeteng boo Jakobo a ileng a bo bua ha a le makgatheng a lefu, o ile a bolela hore mmuso o moholo le o tla dula o le teng ka ho sa feleng o ne o tla tswa lelokong la Juda. Jesu o hlahile lelokong la Juda. Lebitso Juda le boetse le bua ka leloko mme ha morao le ile la sebediswa ho hlalosa mmuso o neng o reheletswe ka Juda. Juda e ne e le mmuso o ka borwa o neng o akareletsa Baiseraele ba leloko la Juda le la Benjamine mme o ne o ena le baprista le Balevi. Bajuda ba ne ba dula karolong e ka borwa e neng e akareletsa Jerusalema le tempele.—Ge 29:35; 49:10; 1Ma 4:20; Heb 7:14.
K
Kabe.
Ke tekanyo ya dintho tse ommeng e lekanang le dilithara tse 1,22. E ne e methwa ho ya ka hore na bate e ne e hakanngwa hore e boholo bo bokae. (2Ma 6:25)—Sheba Ntlha ya B14.
Kalde; Bakalde.
E ne e le naha ya batho ba neng ba dula ka thoko ho noka ya Tigris le ya Eufrate. Ha nako e ntse e ya, mantswe ana a ile a sebediswa ha ho buuwa ka Babilonia le batho ba yona. Lentswe lena “Bakalde” le ne le boetse le sebediswa ha ho buuwa ka batho ba rutehileng haholo ba ithutileng saense, histori, dipuo tse ding le dinaledi hape e ne e le balepi ba dinaledi ba sebedisang boselamose.—Esd 5:12; Dan 4:7; Dik 7:4.
Kanana.
Ke setloholo sa Noe hape ke mora wa bone wa Kama. Maloko a 11 a tswang ho Kanana a ile a qetella a dula karolong e ka botjhabela ho Lewatle la Mediterranean dipakeng tsa Egepeta le Siria. Sebaka seo se ile sa bitswa “naha ya Kanana.” (Le 18:3; Ge 9:18; Dik 13:19)—Sheba Ntlha ya B4.
Kano.
Ke mantswe ao motho a a buang ha a tiisa hore ntho e itseng ke nnete kapa ke tshepiso eo motho a e etsang ya hore o tla etsa ntho e itseng kapa a ke ke a e etsa. Hangata ke kano eo motho a e etsang ho motho ya hlomphehang, haholoholo ho Modimo. Jehova o ile a tiisa selekane sa hae le Abrahama ka kano.—Ge 14:22; Heb 6:16, 17.
Kariki.
Karolo ya leshome (boshome).
Ke karolo e le nngwe ho tse leshome kapa diphesente tse leshome tse neng di ntshwa kapa di patalwa e le lekgetho bakeng sa bodumedi. E boetse e bitswa “boshome” mme ha motho a fana ka yona ho thwe o ntsha boshome kapa o “ntsha karolo ya leshome.” (Mal 3:10; De 26:12; Mat 23:23) Molao oo Modimo a neng a o file Moshe o ne o re karolo ya leshome ya dijalo le ya mehlape e fuwe Balevi selemo le selemo ho ba thusa ka ditlhoko tsa bona. Dinthong tseo Balevi ba neng ba di fuwa le bona ba ne ba ntsha karolo ya leshome ho tsona ebe ba e fa baprista ba leloko la Arone ho ba thusa ka ditlhoko tsa bona. Ho ne ho ena le dintho tse ding tse neng di ntshetswa karolo ya leshome. Ha ho hlokahale hore Bakreste ba ntshe karolo ya leshome.
Kasia.
Ke makgekgephu a sefate sa kasia (Cinnamomum cassia). Sefate sena se tshwana le sa sinamone. Kasia e ne e sebediswa ho etsa senkgisamonate hape e ne e sebediswa ha ho etswa oli e halalelang e neng e tshelwa hloohong ya motho ya neng a kgethelwa ho etsa mosebetsi o itseng.—Ex 30:24; Ps 45:8; Eze 27:19.
Kemoshe.
Modimo ya ka sehloohong wa Bamoabe.—1Ma 11:33.
Kgalalelo; Ho halalela.
Ke e nngwe ya makgabane a Jehova. Ke ho hlweka ka ho feletseng. (Ex 28:36; 1Sa 2:2; Pr 9:10; Esa 6:3) Ka Seheberu ha lentswe lena le ne le sebediswa ho batho (Ex 19:6), diphoofolo (Nu 18:17), dintho (Ex 28:38; 30:25; Le 27:14), dibaka (Ex 3:5; Esa 27:13), dinako (Ex 16:23; Le 25:12) le diketsahalo (Ex 36:4), le ne le bolela ho ikgetha, ho fapana le dintho tse ding kapa ho hlwekisetswa Modimo ya halalelang. Ke ho kgethelwa ho sebeletsa Jehova. Mangolong a Segerike a Bakreste, lentswe le fetoletsweng e le “kgalalelo” le “ho halalela” le bolela ho kgethelwa ho sebeletsa Modimo. Le boetse le sebedisetswa ho hlalosa tsela e ntle eo motho a itshwarang ka yona.—Mar 6:20; 2Ko 7:1; 1Pe 1:15, 16.
Kgarenate.
Ke tholwana e bopehileng jwalo ka apole mme ka hodimo e na le ntho e kang korone. E na le dithotse tse nyenyane tse kgubedu tse nang le metsi a monate a nang le tswekere. Ho ne ho entswe mokgabiso o tshwanang le tholwana ena karolong e tlase ya seaparo se seputswa se se nang matsoho sa moprista ya phahameng. Mokgabiso ona o ne o entswe le dihloohong tsa dipilara tse ka pela tempele e leng Jakine le Boase.—Ex 28:34; Nu 13:23; 1Ma 7:18.
Kgaretene.
Lesela le letle le neng le kgabisitswe ka meloho ya dikerubime le neng le arola Sehalalelo le Sehalaledisiso ka tabernakeleng le ka tempeleng. (Ex 26:31; 2Kr 3:14; Mat 27:51; Heb 9:3)—Sheba Ntlha ya B5.
Kgohlo.
Kisleve.
E hlaha e le kgwedi ya borobong khalendareng ya bodumedi ya Sejuda ebile ke kgwedi ya boraro khalendareng ya temo. Bajuda ba ile ba e sebedisa ha ba tswa Babilona. E ne e qala bohareng ba November e fela bohareng ba December. (Ne 1:1; Zak 7:1)—Sheba Ntlha ya B15.
Kodiyamalla.
Kolobetso; ho kolobetsa.
Korale.
Ke ntho e thata e kang lejwe e etswang ke diphoofolo tse nyenyane tsa lewatle. E fumaneha lewatleng ka mebalabala ho akareletsa mmala o mofubedu, o mosweu le o motsho. Di ne di fumaneha ka bongata Lewatleng le Lefubedu. Mehleng ya Bibele, dikorale tse kgubedu di ne di rekwa ka theko e phahameng mme di ne di sebedisetswa ho etsa difaha le dintho tse ding tse ntle.—Pr 8:11.
Kore.
Tekanyo ya dintho tse ommeng le tse metsi. E lekana le dilithara tse 220. E ne e methwa ho ya ka hore na ho ne ho hakanngwa hore bate e boholo bo bokae. (1Ma 5:11)—Sheba Ntlha ya B14.
Kreste.
L
Lebala.
Ke lebala le kampetsweng le potapotileng tabernakele. Mehleng ya ha ho se ho ena le tempele, e ne e le lebala le potapotileng tempele le kampetsweng ka lerako. Aletare ya nyehelo ya setjheso e ne e behilwe lebaleng la tabernakele le lebaleng le ka hare la tempele. (Sheba Ntlha ya B5, B8 le ya B11.) Bibele e boetse e bua ka mabala a matlo le a diphaleisi.—Ex 8:13; 27:9; 1Ma 7:12; Est 4:11; Mat 26:3.
Lebitla.
Ha le ngotswe ka ditlhaku tse nyenyane, ho buuwa ka lebitla leo motho a patelwang ho lona. Ha le qala ka tlhaku e kgolo, ho buuwa ka lentswe la Seheberu e leng “Sheole” le la Segerike e leng “Hadese” le bolelang ho shwa. Ka Bibeleng, mantswe ana a hlalosa sebaka sa tshwantshetso kapa hore ha motho a shwele a ke ke a kgona ho etsa letho kapa ho utlwa letho.—Ge 47:30; Moe 9:10; Dik 2:31.
Lebitla la kgopotso.
Sebaka seo motho ya hlokahetseng a patelwang ho sona. Polelo ena e sebediswa ha ho fetolelwa lentswe la Segerike e leng mne·meiʹon, le tswang leetsing le bolelang “ho hopotsa,” e le ho bontsha hore motho ya shweleng o a hopolwa.—Joh 5:28, 29; naletsana.
Lebollo.
Lefu la sewa.
Ke bolwetse le ha e le bofe bo tshwaetsanwang, bo atang ka potlako, bo behang bophelo ba batho ba bangata kotsing ebile bo bolaya. Hangata ha Modimo a ne a fana ka kotlo o ne a sebedisa lefu la sewa.—Nu 14:12; Eze 38:22, 23; Amo 4:10.
Lehlaka.
Ke lentswe le sebediswang bakeng sa dimela tse ngata tse melang dibakeng tse dulang di ena le metsi. Ka makgetlo a mangata ho buuwa ka semela sa Arundo donax. (Job 8:11; Esa 42:3; Mat 27:29; Tshe 11:1)—Sheba THUPA E METHANG.
Lejwe la sekgutlo.
Ke lejwe le kopanyang mabota a mabedi khoneng ya mohaho. Lejwe la bohlokwa ka ho fetisisa la sekgutlo e ne e le le behwang motheong wa mohaho. Ho ne ho kgethwa lejwe le thata ka ho fetisisa la sekgutlo bakeng sa mehaho ya setjhaba le marako a motse. Polelwana ena e sebedisitswe ka Bibeleng ha ho buuwa ka ho thehwa ha lefatshe. Ha ho buuwa ka Jesu ho thwe ke “lejwe la sekgutlo la motheo” la phutheho ya Bokreste e tshwantshwang le ntlo ya Modimo.—Ef 2:20; Job 38:6.
Lekgetho.
Lekuka.
Lekunutu le halalelang.
Lelwala (Tshilwana).
Tshilwana ke lejwe le sedikadikwe le behwang hodima le leng le tshwanang le lona mme le ne le sebedisetswa ho sila dijothollo hore e be phofo. Thupa e neng e kenngwa bohareng ba lejwe le ka tlase e ne e thusa lejwe le ka hodimo hore le kgone ho bidika. Mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele, malapeng a mangata bomme ba ne ba sebedisa malwala a letsoho. Ka ha malapa a ne a sebedisa lelwala haholo hore a be le seo a ka se jang, Molao oo Modimo a neng a o file Moshe o ne o thibela motho hore a nkele e mong lelwala e le bopaki ba hore o tla mo patala. Malwala a maholo a ne a bidikiswa ke diphoofolo.—De 24:6; Mar 9:42.
Lenaka.
Lengana.
Ke dimela tse fapaneng tse babang le tse nkgang ha monate. Ka Bibeleng lengana le sebediswa ka tsela ya tshwantshetso ho hlalosa ditlamorao tse bohloko tsa boitshwaro bo bobe, bokgoba, ho hloka toka le bokwenehi. Ho Tshenolo 8:11 “lengana” le bolela ntho e babang le e nang le tjhefo.—De 29:18; Pr 5:4; Jer 9:15; Amo 5:7.
Lengeloi le ka sehloohong.
Lepera; Molepera.
Ke bolwetse bo kotsi ba letlalo. Ka Bibeleng ha ho buuwa ka lepera ha ho buuwe ka bolwetse boo kajeno bo tsejwang ka lebitso leo hobane le ne le sa tshware batho feela empa le ne le tswa diaparong le matlong. Ha motho a tshwerwe ke lepera o bitswa molepera.—Le 14:54, 55; Lu 5:12.
Leptone.
Ke tjheletana ya koporo kapa ya boronse eo Bajuda ba neng ba e sebedisa ka nako eo mme ho buuwa ka yona Mangolong a Segerike a Bakreste. (Mar 12:42; Lu 21:2; dinaletsana.)—Sheba Ntlha ya B14.
Leqhalaha.
Ke monna ya faotsweng. Banna bao ba ne ba sebetsa matlong a borena e le bahlokomedi kapa ba hlokomela mofumahadi le direthe. Hape lentswe leo le bolela motho ya neng a sebetsa ntlong ya morena le haeba a ne a sa faolwa. Lentswe leo le sebediswa ka tsela ya tshwantshetso ha ho buuwa ka ‘ba ikentseng maqhalaha ka lebaka la Mmuso,’ e leng motho ya bontshang boitshwaro e le hore a ka sebeletsa Modimo haholwanyane.—Mat 19:12; Est 2:15; Dik 8:27.
Lequlwana.
Ke sehlopha sa batho ba kgomaretseng thuto e itseng ebile se ena le moetapele le tumelo ya sona. Lentswe lena le sebediswa ha ho buuwa ka dihlopha tse pedi tse tummeng tsa bodumedi ba Sejuda e leng sa Bafarisi le Basaduse. Batho bao e seng Bakreste ba ne ba boetse ba re Bakreste ke “lequlwana” kapa “lequlwana la Banazaretha.” Ho ka etsahala hore ba ne ba ba bitsa jwalo hobane ba nahana hore ba ikarola bodumeding ba Sejuda. Ha nako e ntse e ya, ho ile ha eba le maqulwana ka phuthehong ya Bokreste. Lengolo la Tshenolo le bua ka “lequlwana la Nikolase.”—Dik 5:17; 15:5; 24:5; 28:22; Tshe 2:6; 2Pe 2:1.
Lerato le tshepahalang.
Hangata ke polelwana e fetoletsweng ho tswa lentsweng la Seheberu e leng cheʹsedh mme e bua ka lerato leo motho a le bontshang hobane a ikemiseditse, a tshepahala a bile a rata motho e mong haholo. E sebediswa haholo ha ho hlaloswa tsela eo Modimo a ratang batho ka yona empa e boetse e hlalosa lerato leo batho ba ratanang ka lona.—Ex 34:6; Ru 3:10.
Lere la borena.
Lesela le hwashang.
Letekatse.
Ke motho ya etsang thobalano le motho ya sa nyalanang le yena ka morero wa ho batla tjhelete. (Lentswe la Segerike e leng porʹne, le fetoletsweng e le “letekatse” le tswa lentsweng le bolelang “ho rekisa.”) Lentswe lena le sebediswa haholo ha ho buuwa ka basadi le hoja Bibele e bua le ka matekatse a banna. Molao wa Moshe o ne o hanyetsa matekatse kapa batho ba rekisang mmele mme tjhelete e patetsweng letekatse, ho ne ho ke ke ha ntshwa monehelo ka yona sehalalelong sa Jehova. Sena se fapane le ditlwaelo tsa bahetene ba neng ba sebedisa matekatse ho ba le tjhelete. (De 23:17, 18; 1Ma 14:24) Bibele e sebedisa lentswe lena ka tsela ya tshwantshetso ha e bua ka batho, ditjhaba kapa mekgatlo e kenellang borapeding ba ditshwantsho empa e ipitsa barapedi ba Modimo. Mohlala, mokgatlo wa bodumedi o bitswang “Babilona e Moholo” o hlaloswa e le letekatse lengolong la Tshenolo ka ha o ikopantse le babusi ba lefatshe lena hobane o batla matla le maruo.—Tshe 17:1-5; 18:3; 1Kr 5:25.
Letjeketjane.
Ke kgwele ya letlalo kapa mohala o entsweng ka mesifa ya phoofolo, jwang kapa boya. Bohareng ba lona ho na le karolo eo o kgonang ho kenya lejwe ho yona. Motho o ne a tlamella karolo e nngwe ya letjeketjane letsohong la hae mme karolo e nngwe o ne a e tshwara ka lona letsoho leo ebe o a e tlohela ha a qeta ho e bidikisa. Ditjhaba tsa mehleng ya boholoholo di ne di ena le masole a sebedisang matjeketjane.—Bhl 20:16; 1Sa 17:50.
Letsatsi la ha kgwedi e qala.
Ke letsatsi la pele la kgwedi e nngwe le e nngwe khalendareng ya Bajuda, e ne e le letsatsi la ho bokana ha mmoho, ho keteka le ho etsa mahlabelo a kgethehileng. Ha morao letsatsi lena le ile la nkwa e le letsatsi la mokete wa bohlokwa setjhabeng mme batho ba ne ba sa sebetse ka letsatsi lena.—Nu 10:10; 2Kr 8:13; Kol 2:16.
Letsatsi la ho itokisetsa Sabatha.
Ke letsatsi le tlang pele ho Sabatha, leo Bajuda ba neng ba etsa dintho tse hlokahalang e le hore ba itokisetse Sabatha. Le ne le fela ha letsatsi le dikela ka letsatsi leo kajeno le bitswang Labohlano mme ka nako eo ho ne ho qala letsatsi la Sabatha. Letsatsi la Bajuda le ne le qala mantsiboya mme le fela mantsiboya a letsatsi le latelang.—Mar 15:42; Lu 23:54.
Letsatsi la kahlolo.
Ke letsatsi le itseng kapa nako ya ha Modimo a ahlola dihlopha tsa batho, ditjhaba kapa batho ka kakaretso. E ka nna yaba ke nako eo batho ba ahloletsweng lefu ba bolawang ka yona kapa kahlolo eo e ka nna ya fa ba bang monyetla wa hore ba pholoswe mme ba fumane bophelo bo sa feleng. Jesu Kreste le baapostola ba hae ba ile ba bua ka “Letsatsi la Kahlolo” le tlang ha ho tla be ho ahlolwa batho ba phelang le ba shweleng.—Mat 12:36.
Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tshwarelwa Dibe.
Ke letsatsi le halalelang la bohlokwa ka ho fetisisa ho Baiseraele. Le boetse le bitswa Yom Kippur, e tswang lentsweng la Seheberu e leng yohm hak·kip·pu·rimʹ le bolelang “letsatsi la ho kwahela.” Letsatsi lena e ne e le letsatsi la leshome la kgwedi ya Ethanime. Ke lona feela letsatsi la selemo leo ka lona moprista ya phahameng a neng a kena ka Sehalaledisisong sa tabernakele le sa tempele. Ha a le ka moo o ne a nyehela madi a mahlabelo a dibe tsa hae, tsa Balevi le tsa setjhaba. Ka letsatsi leo ho ne ho tshwarwa kopano e halalelang, setjhaba se itima dijo ebile e le sabatha. Ho ne ho sa etswe mosebetsi ofe kapa ofe.—Le 23:27, 28.
Letsha la mollo.
Ke sebaka sa tshwantshetso se tukang sa “mollo le sebabole.” Se boetse se hlaloswa e le “lefu la bobedi.” Baetsadibe ba sa bakeng, Diabolose, lefu le Lebitla (kapa Hadese) di lahlelwa ho lona. Taba ya hore ho buuwa ka sebopuwa sa moya ha mmoho le lefu le Hadese e leng dintho tse ke keng tsa tjheswa ke mollo, e bontsha hore letsha leo ke la tshwantshetso. Ha se sebaka seo batho ba tjheswang ho sona ka ho sa feleng. Ho ena le hoo, le bolela ho fediswa ka ho sa feleng.—Tshe 19:20; 20:14, 15; 21:8.
Letsibolo.
Lentswe lena le ne le hlalosa ngwana wa moshanyana wa pele lehlakoreng la Ntate (le ne le sa hlalose letsibolo lehlakoreng la Mme). Mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele, mora wa letsibolo o ne a nkwa e le motho wa bohlokwa ka lapeng mme e ne e eba yena hlooho ya lelapa ha ntate wa hae a hlokahala. Lentswe lena le ne le boetse le hlalosa matsibolo a matona a diphoofolo.—Ex 11:5; 13:12; Ge 25:33; Kol 1:15.
Levi; Molevi.
Ke mora wa boraro wa Jakobo le mosadi wa hae Lea, hape ke lebitso la leloko le reheletsweng ka yena. Bara ba hae ba bararo ke bona ba pele ba ileng ba theha dihlopha tse tharo tsa Balevi. Ka dinako tse ding lentswe “Balevi” le sebediswa ha ho buuwa ka leloko lohle empa hangata ha le akareletse lelapa la boprista la Arone. Naheng e Tshepisitsweng, leloko la Levi le ne le sa abelwa naha empa le ne le fuwe metse e 48 dikarolong tsa naha tse neng di abetswe maloko a mang.—De 10:8; 1Kr 6:1; Heb 7:11.
Leviathane.
Ke phoofolo ya metsing. Ho Jobo 3:8 le 41:1 ho bonahala eka ho buuwa ka kwena kapa ka phoofolo e nngwe e kgolo e matla, e dulang metsing. Ho Pesaleme ya 104:26, e ka nna yaba ho buuwa ka mofuta o itseng wa leruarua. Ditemaneng tse ding e sebedisitswe ka tsela ya tshwantshetso mme ha e amane le phoofolo le ha e le efe.—Ps 74:14; Esa 27:1.
Lodi.
Ke semela se tshwanang le lehlaka se hlahang metsing se neng se sebedisetswa ho etsa dibaskete, dijana le dikepe. Se ne se boetse se sebedisetswa ho etsa ntho e kang pampiri eo ho neng ho ngollwa ho yona ebile ho ne ho etswa meqolo ka sona.—Ex 2:3.
Loge.
Ke sesebediswa se senyenyane haholo se lekanyang dintho tse metsi seo ho buuwang ka sona ka Bibeleng. Ho ya ka molao le ditlwaelo tsa boholoholo tsa Bajuda, loge ke karolo e le nngwe ho tse 12 tsa hine, ka hoo ha ho sebediswa tekanyo eo, loge e ka lekana le dilithara tse 0,31. (Le 14:10)—Sheba Ntlha ya B14.
Lotho.
Majwe a manyenyane a boreledi kapa dikotwana tsa lepolanka kapa lejwe, tse neng di sebediswa ha ho etswa diqeto. Di ne di kenngwa lemenong la seaparo kapa ka hara sejana ebe di a tsukutlwa. Lotho e neng e wa kapa e ntshwa ke yona e neng e kgethwa. Hangata ho ne ho rapelwa ha ho etswa sena. Lentswe “lotho” le ka sebediswa ka tsela ya sebele kapa ya tshwantshetso ho bolela “karolo” kapa “kabelo.”—Jos 14:2; Ps 16:5; Pr 16:33; Mat 27:35.
M
Macedonia.
Ke sebaka se ka leboya ho Greece se ileng sa tuma haholo mehleng ya Alexandere e Moholo mme se ile sa dula se ikemetse ho fihlela se hlolwa ke Baroma. E ne e le profinse ya Roma ha moapostola Pauluse a ne a etetse Europe ka lekgetlo la pele. O ile a etela naha eo ka makgetlo a mararo. (Dik 16:9)—Sheba Ntlha ya B13.
Maele.
Ke mantswe a bohlale kapa dipolelo tse kgutshwane tse rutang kapa tse hlalosang nnete ya bohlokwa. Maele a Bibele a ka hlaha e le polelo e makatsang kapa selotho. Maele a hlalosa nnete ka mantswe a bontshang maikutlo mme hangata e le mokgabopuo. Mantswe a mang a ile a fetoha puo e tlwaelehileng e somang kapa e nyatsang batho ba itseng. (Moe 12:9; 2Pe 2:22) Mangolong a Segerike a Bakreste ho Matheu 5:41, ho sebedisitswe leadingwa kapa lerehomolata moo ho buuwang ka tekanyo ya bolelele e bitswang maele mme le hlaha temaneng ena feela. Temana eo e ka nna yaba e bua ka dimaele tsa Roma tse lekanang le dimithara tse 1 479,5.—Sheba Ntlha ya B14.
Mahalathe.
Ho bonahala e le lentswe le sebediswang mminong le hlahang sehloohong sa Pesaleme ya 53 le 88. Ho ka etsahala hore le amana le leetsi la Seheberu le bolelang “ho fokola kapa ho kula” hape le fetisa maikutlo a ho sarelwa kapa ho utlwa bohloko e leng se dumellanang le mantswe a dipina tseo tse pedi tse hlomolang pelo.
Mahlomola a maholo.
Lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “mahlomola” le bolela ho tshwenyeha kapa ho utlwa bohloko ka lebaka la kgatello e bakwang ke maemo a itseng. Jesu o ile a bua ka “mahlomola a maholo” a eso ka a eba teng a neng a tlela Jerusalema empa haholoholo a neng a tla tlela batho bohle nakong e tlang ‘ha a tla ka kganya.’ (Mat 24:21, 29-31) Pauluse o ile a hlalosa mahlomola ao e le ntho e lokileng eo Modimo a tla e etsa “ho batho ba sa tsebeng Modimo le ba sa mameleng ditaba tse monate” tse buang ka Jesu Kreste. Tshenolo kgaolo ya 19 e hlalosa Jesu a eteletse pele mabotho a lehodimo a hlaselang “sebata, marena a lefatshe le mabotho a marena a lefatshe.” (2Th 1:6-8; Tshe 19:11-21) “Setjhaba se seholo” se tla pholoha mahlomola ao. (Tshe 7:9, 14)—Sheba ARMAGEDONE.
Malkame.
Manaka a aletare.
Dintho tse shebahalang jwalo ka manaka a shebileng ka ntle, tse neng di le dikhoneng tse nne tsa di aletare tse ding. (Le 8:15; 1Ma 2:28)—Sheba Ntlha ya B5 le ya B8.
Mangeloi.
Lentswe lena le tswa lentsweng la Seheberu e leng mal·ʹakhʹ le la Segerike e leng agʹge·los. Ha e le hantle mantswe ana ka bobedi a bolela “moromuwa” empa ho sebediswa lentswe “lengeloi” ha ho buuwa ka baromuwa ba Modimo ba phelang lehodimong. (Ge 16:7; 32:3; Jak 2:25; Tshe 22:8) Mangeloi a matla mme Modimo o a bopile kgale pele a bopa batho. Ka Bibeleng a boetse a bitswa “dimiriade tse halalelang,” “bara ba Modimo” le “dinaledi tsa hoseng.” (De 33:2; Job 1:6; 38:7) Modimo ha a etsa hore mangeloi a kgone ho ba le bana empa o bopile le leng le le leng ka boyena. Mangeloi a feta dimilione tse 100 ka bongata. (Dan 7:10) Bibele e bontsha hore lengeloi le leng le le leng le na le lebitso ebile a na le botho bo fapaneng. Le ha ho le jwalo, a hana ho rapelwa ebile a mangata ha a ipolele ka mabitso. (Ge 32:29; Lu 1:26; Tshe 22:8, 9) Maemo a ona ha a tshwane ebile a fuwe mesebetsi e sa tshwaneng e kang ho sebetsa ka pela terone ya Jehova, ho fana ka melaetsa e tswang ho yena, ho thusa bahlanka ba Jehova ba lefatsheng, ho phethahatsa dikahlolo tsa Modimo le ho tshehetsa mosebetsi wa ho bolela ditaba tse monate. (2Ma 19:35; Ps 34:7; Lu 1:30, 31; Tshe 5:11; 14:6) Nakong e tlang a tla thusa Jesu ntweng ya Armagedone.—Tshe 19:14, 15.
Mangolo.
Manna.
Ke dijo tseo Baiseraele ba neng ba di ja ha ba ne ba le lefeelleng ka dilemo tse 40. Ke Jehova ya neng a ba file ona. A ne a hlaha ka mohlolo tlasa phoka hoseng ho hong le ho hong empa a ne a sa be teng ka letsatsi la Sabatha. Ka lekgetlo la pele ha Baiseraele ba a bona ba ile ba re, “Ntho ee keng?” kapa ka Seheberu “man huʼ?” (Ex 16:13-15, 35) Ditemaneng tse ding a bitswa “dijo tsa lehodimo” (Ps 78:24), “bohobe bo tswang lehodimong” (Ps 105:40) le “bohobe ba dinatla.” (Ps 78:25) Jesu le yena o ile a bua ka manna ka tsela ya tshwantshetso.—Joh 6:49, 50.
Maskile.
Ke lentswe la Seheberu leo ho sa tsebahaleng hantle hore na le bolelang le hlahang dihloohong tsa dipesaleme tse 13. E ka nna yaba le bolela “thothokiso ya ho nahanisisa.” Batho ba bang ba nahana hore lentswe le tshwanang le lona le fetoletsweng e le ‘ho sebeletsa hantle,’ e ka nna yaba le bolela ntho e le nngwe le lona.—2Kr 30:22; Ps 32:Shl.
Matlalo a ho ngolla.
Ke matlalo a lokisitsweng e le hore ho ka ngollwa ho ona, ke a dinku, dipodi kapa a namane. Matlalo ana a thata ho feta lodi mme a ne a sebedisetswa ho etsa meqolo ya Bibele. Matlalo a ho ngolla ao Pauluse a ileng a re Timothea a tle le ona ho ka etsahala hore e ne e le a mang a Mangolo a Seheberu. Meqolo e meng e ileng ya fumanwa Lewatleng le Shweleng e ne e ngoletswe hodima matlalo ao.—2Ti 4:13.
Matlao.
Ke dithulusi tse entsweng ka kgauta tseo ho ka etsahalang hore di ne di tshwana le ditong. Di ne di sebedisetswa ho tima mabone tabernakeleng le tempeleng.—Ex 37:23.
Matlapa a Bopaki.
Ha ho buuwa ka ‘matlapa a Bopaki’ hangata ho buuwa ka Melao e Leshome e neng e fuwe Moshe e ngotswe matlapeng a mabedi.—Ex 31:18.
Matsatsi a ho qetela (Mehla ya bofelo).
Mantswe ao le a mang a tshwanang le ona a kang “nako ya bofelo,” a sebediswa boprofeteng ba Bibele ho hlalosa nako ya ha diketsahalo tsa histori di fihla sehlohlolong. (Eze 38:16; Da 8:17; Dik 2:17) Nako eo e ka nna ya nka dilemo tse mmalwa kapa tse ngata ho itshetlehile ka boprofeta boo ho buuwang ka bona. Hangata Bibele e sebedisa mantswe ao ha e bua ka “matsatsi a ho qetela” a mehla eo re phelang ho yona ya ho ba teng ha Jesu a sa bonahale.—2Ti 3:1; Jak 5:3; 2Pe 3:3.
Mehla ena.
Ke tsela eo lentswe la Segerike e leng ai·onʹ le fetolelwang ka yona ha le hlalosa dintho tse etsahalang hona jwale kapa diketsahalo tse kgethollang mehla e itseng. Ha Bibele e bua ka “mehla ena,” e hlalosa dintho tse etsahalang lefatsheng ka kakaretso le tsela eo batho ba phelang ka yona. (2Ti 4:10) Ha Modimo a etsa selekane sa Molao, o ne a qala mehla eo batho ba bang ba ka reng ke ya Baiseraele kapa ya Bajuda. Ha Jesu Kreste a ne a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo, o ne a sebediswa ke Modimo ho qala mehla e fapaneng, e neng e akaretsa phutheho ya Bakreste ba tlotsitsweng. Ena e ne e le qalo ya mehla e metjha, eo ho yona ho neng ho tla phethahala dintho tse neng di tshwantshetswa ke Molao wa selekane. Polelwana ena e ka boela ya hlalosa dintho tse etsahetseng kapa tse tla etsahala nakong e tlang.—Mat 12:32; 24:3; Mar 4:19; Bar 12:2; 1Ko 10:11.
Mehlolo.
Melato.
Merodake.
Ke modimo e moholo wa motse wa Babilona. Ha Hammurabi e leng morena wa Babilona le ya entseng melao ya yona a qeta ho etsa Babilona motsemoholo wa Babilonia, Merodake (kapa Marduk) o ile a tuma, hoo qetellong a ileng a tlosa medimo e mengata e neng e le teng mme ya eba yena modimo e moholo hara medimo ya Babilona. Ha nako e ntse e ya, lebitso Merodake (kapa Marduk) le ile la nkelwa sebaka ke tlotla “Belu” (“Monga”) mme ho ne ho tlwaelehile hore Merodake a bitswe Bele.—Jer 50:2.
Mesia.
Metse ya setshabelo.
Ke metse ya Balevi eo motho a neng a balehela ho yona haeba a bolaile motho e se ka morero. Motho ya bolaileng e mong e se ka morero o ne a ka balehela teng e le hore a sireletswe ho motho ya amanang le motho eo a mo bolaileng. Moshe le Joshua ba ile ba kgetha metse e tsheletseng ya setshabelo Naheng e Tshepisitsweng ba tataiswa ke Jehova. Ha motho ya bolaileng a fihla motseng wa setshabelo, o ne a bolella baholo ba motse oo ntho e etsahetseng ebe ba a mo amohela. Nyewe ya motho ya balehetseng motseng wa setshabelo e ne e buelwa motseng oo a bolaetseng motho ho wona e le ho paka hore ha a bolaya ka morero. Ho etsa jwalo ho ne ho thibela batho ba bolaileng motho ka morero hore ba nke monyetla ebe ba baleha kotlo. Haeba motho a ne a fumanwa a se molato wa ho bolaya ka morero, o ne a kgutlisetswa motseng wa setshabelo mme o ne a lokela ho dula moo bophelo bohle ba hae kapa ho fihlela moprista ya phahameng a shwa.—Nu 35:6, 11-15, 22-29; Jos 20:2-8.
Miktame.
Milkome.
Mina.
E boetse e bitswa mane ho Ezekiele. E sebedisetswa ho lekanya boima le boleng ba ntho e itseng. Ho ya ka bopaki ba baepolli ba dintho tsa kgale ba hore mina e lekana le dishekele tse 50 le hore shekele e boima ba dikramo tse 11,4, seo se bolela hore mina e hlahang Mangolong a Seheberu e boima ba dikramo tse 570. Hape ho ka etsahala hore ho ne ho ena le mina ya boreneng, feela jwalo ka ha ho ne ho le jwalo le ka setswe. Mangolong a Segerike a Bakreste, mina e ne e lekana le didrakema tse 100. E ne e le boima ba dikramo tse 340. Dimina tse 60 di lekana le talenta. (Esd 2:69; Lu 19:13)—Sheba Ntlha ya B14.
Mira.
Ke mamina a sefate kapa boroku bo nkgang ha monate bo fumanwang dihlabahlabaneng tse sa tshwaneng kapa difateng tse nyenyane tsa Commiphora. Mira e ne e le o mong wa metswako e etsang oli e halalelang e tlotsang. E ne e sebediswa ho nkgisa dintho tse kang diaparo le dibethe ha monate. Hape e ne e tswakwa le oli ho etsa setlolo se sidilang le se tlotsang mmele. Mira e ne e boetse e sebediswa ha ho lokiswa setopo bakeng sa lepato.—Ex 30:23; Pr 7:17; Joh 19:39.
Mmoko.
Mmuelli.
Mmusi wa setereke.
Mmuso wa Modimo.
Ke polelo e sebediswang ho hlalosa bolaodi ba Modimo bo emelwang ke puso ya Mora wa hae, Kreste Jesu.—Mat 12:28; Lu 4:43; 1Ko 15:50.
Moapostola.
Modimo wa nnete.
Ke tsela eo lentswe la Seheberu e leng “Modimo” le fetolelwang ka yona. Mangolong a mangata a Seheberu mantswe ana a thusa motho ho utlwisisa hore Jehova ke yena feela Modimo wa nnete mme le mo kgetholla ho medimo ya bohata. Mantswe a reng “Modimo wa nnete” a fana ka moelelo o feletseng wa mantswe a Seheberu a mangolong ao.—Ge 5:22, 24; 46:3; De 4:39.
Moetapele e Moholo.
Ke polelwana ya Segerike e bolelang “Moetapele ya ka Sehloohong.” Polelwana ena e sebediswa ha ho buuwa ka mosebetsi wa bohlokwa oo Jesu Kreste a o etsang wa ho lopolla batho ba tshepahalang ditlamoraong tse tliswang ke sebe le ho etsa hore ba fumane bophelo bo sa feleng.—Dik 3:15; 5:31; Heb 2:10; 12:2.
Mofumahadi wa Lehodimo.
Ke tlotla ya modimo wa mosadi ya neng a rapelwa ke Baiseraele ba bakwenehi mehleng ya Jeremia. Batho ba nahana hore lebitso lena le bua ka modimo wa mosadi wa Bababilona ya bitswang Ishtar (Astarte). Lebitso la modimo e mong wa Sumeria ya bitswang Inanna le bolela “Mofumahadi wa Lehodimo.” Ntle le hore o amahanngwa le lehodimo, o ne a boetse e le modimo eo ho neng ho dumelwa hore o etsa hore basadi ba ime. Hape Astarte o bitswa “Mosadi wa Lehodimo” mengolong ya Egepeta.—Jer 44:19.
Mohanyetsi wa Kreste.
Ka Segerike lentswe lena le bolela dintho tse pedi. Le bolela motho ya hanyetsang kapa ya kgahlanong le Kreste. Hape le ka bolela motho ya iketsang Kreste. Bahanyetsi ba Kreste e ka ba mekgatlo kapa batho ba reng ke baemedi ba Kreste, ba reng ke bo Mesia kapa ba hanyetsang Kreste le barutuwa ba hae.—1Jo 2:22.
Mohlanka ya sebeletsang.
Mantswe ao a tswa lentsweng la Segerike e leng di·aʹko·nos, leo hangata le fetolelwang e le “mosebeletsi” kapa “mohlanka.” “Mohlanka ya sebeletsang” ke motho ya thusang sehlopha sa baholo ka phuthehong. O lokela ho etsa dintho ka tsela eo Bibele e reng batho ba fuwang mosebetsi ona ba lokela ho di etsa ka yona.—1Ti 3:8-10, 12.
Moholo; Monna e moholo.
Ke monna ya hodileng dilemong. Ka Bibeleng ha ho buuwa ka moholo kapa monna e moholo, ho buuwa ka motho ya nang le matla a bolaodi le boikarabelo bo itseng setjhabeng. Lentswe “moholo” le boetse le sebedisitswe ka bukeng ya Tshenolo ha ho buuwa ka mangeloi. Ka Segerike lentswe moholo ke pre·sbyʹte·ros, le bolela batho ba nang le boikarabelo ba ho etella pele ka phuthehong.—Ex 4:29; Pr 31:23; 1Ti 5:17; Tshe 4:4.
Mojuda.
Ke lentswe le neng le hlalosa motho ya tswang lelokong la Juda ka mora hore mmuso wa Iseraele wa maloko a leshome o we. (2Ma 16:6) Ka mora hore Baiseraele ba tswe botlamuweng Babilona, batho ba tswang malokong ohle a Iseraele ba neng ba kgutletse Iseraele ba ne ba bitswa ka lebitso lena. (Esd 4:12) Ha morao le ile la sebediswa lefatsheng lohle ho kgetholla Baiseraele ho batho ba ditjhaba tse ding. (Est 3:6) Hape moapostola Pauluse o ile a sebedisa lentswe leo ka tsela ya tshwantshetso ha a ne a hlalosa hore ka phuthehong ya Bokreste ha ho na setjhaba se phahametseng se seng.—Bar 2:28, 29; Gal 3:28.
Mokete wa Kotulo; Mokete wa Dibeke.—
Sheba PENTEKONTA.
Mokete wa Mahobe a se Nang Tomoso.
Ke mokete wa pele meketeng e meraro ya bohlokwa eo Baiseraele ba neng ba lokela ho e keteka selemo le selemo. O ne o qala ka la 15 Nisane e leng letsatsi ka mora Paseka ebe o nka matsatsi a supileng. Moketeng oo ho ne ho jewa bohobe bo se nang tomoso feela e le ho ikgopotsa letsatsi leo ba neng ba lokollwa Egepeta ka lona.—Ex 23:15; Mar 14:1.
Mokete wa Maphephe.
O boetse o bitswa Mokete wa Ditabernakele kapa Mokete wa ho Bokella. O ne o tshwarwa ka la 15 ho ya ho la 21 kgweding ya Ethanime. Baiseraele ba ne ba o tshwara ha ba keteka kotulo qetellong ya selemo sa temo. E ne e le nako ya ho thaba le ho leboha Jehova ka ho ba thusa hore dijalo tsa bona di atlehe kapa hore ho be le tjhai. Ka matsatsi a mokete, batho ba ne ba dula maphepheng a ruletsweng ka makala a difate ho ikgopotsa letsatsi leo ba tswileng Egepeta ka lona. Mokete ona ke o mong wa e meraro eo banna ba Baiseraele ba neng ba lokela ho ya Jerusalema ho yo o keteka.—Le 23:34; Esd 3:4.
Mokete wa Nehelo.
Ke letsatsi le neng le ketekwa hanngwe ka selemo ha ho ne ho hopolwa letsatsi la ho hlwekisa tempele ka mora hore Antiochus Epiphanes a e silafatse. Mokete ona o ne o qala ka la 25 kgweding ya Kisleve mme o nka matsatsi a robedi.—Joh 10:22.
Mokotlana wa sefuba.
Ke mokotlana o neng o manamisitswe majwe a bohlokwa oo moprista ya phahameng wa Baiseraele a neng a o beha sefubeng ka dinako tsohle ha a ya ka Sehalalelong. O ne o bitswa “mokotlana wa sefuba wa kahlolo” hobane o ne o ena le Urime le Thumime tse neng di sebediswa ho tsebisa setjhaba hore na Jehova o fane ka kahlolo efe. (Ex 28:15-30)—Sheba Ntlha ya B5.
Mokreste.
Ke lebitso leo Modimo a le fileng balatedi ba Jesu Kreste.—Dik 11:26; 26:28.
Molao.
Hangata ha lentswe lena le qala ka tlhaku e kgolo, le bolela Molao oo Modimo a o fileng Moshe kapa dibuka tse hlano tse qalang tsa Bibele. Ha le qala ka tlhaku e nyenyane, ho ka etsahala hore le bua ka melao e hlahang Molaong oo Modimo a o fileng Moshe kapa ho ka etsahala hore ke molaomotheo.—Nu 15:16; De 4:8; Mat 7:12; Gal 3:24.
Molaodi.
Molao wa Moshe.
Molebedi.
Ke monna ya filweng boikarabelo ba ho hlokomela le ho disa phutheho. Moelelo o ka sehloohong wa lentswe la Segerike e leng e·piʹsko·pos ke ho sireletsa le ho tataisa. Mantswe a reng “molebedi” le “moholo” (pre·sbyʹte·ros) a bolela boikarabelo bo tshwanang ka phuthehong ya Bokreste. Lentswe “moholo” le bontsha makgabane ao motho ya kgethilweng a nang le ona mme lentswe “molebedi” lona le bua haholo ka mesebetsi e akaretswang kabelong ena. (Dik 20:28; 1Ti 3:2-7; 1Pe 5:2) Mangolong a mang, ha ho buuwa ka molebedi ho buuwa ka motho ya dulang a katile batho kapa motse hore o se ke wa hlaselwa, haholoholo bosiu mme ha ho ka ba le dira tse lekang ho o hlasela, o a hweletsa ho lemosa batho. Hangata balebedi ba ne ba ema marakong a motse le ditoreng hore ba bone dira di sa le hole. Ho tlwaelehile hore sesoleng molebedi a bitswe motho ya katang. Baprofeta ba ne ba sebeletsa e le balebedi ka tsela ya tshwantshetso setjhabeng sa Iseraele, ba se lemosa ka timetso e tlo tla.—2Ma 9:20; Eze 3:17.
Molepi wa dinaledi.
Moloke.
Ke modimo wa Baamone. Ho ka etsahala hore ke ntho e le nngwe le Malkame le Milkome. E ka nna yaba ke tlotla, eseng lebitso la modimo ya itseng. Molao oo Modimo a neng a o file Moshe o ne o re motho ya etsetsang Moloke mahlabelo ka bana ba hae a bolawe.—Le 20:2; Jer 32:35; Dik 7:43.
Monazaretha.
Ke lebitso la Jesu le hlalosang hore o tswa motseng wa Nazaretha. Ho ka etsahala hore le amana le lentswe la Seheberu e leng “lehlomela” le sebedisitsweng ho Esaia 11:1. Ha morao le balatedi ba Jesu ba ile ba bitswa ka lona.—Mat 2:23; Dik 24:5.
Monazari.
Ke lentswe la Seheberu le bolelang “Ya Kgethilweng,” “Ya Inehetseng” le “Ya Arotsweng.” Ho ne ho ena le dihlopha tse pedi tsa Banazari e leng ba neng ba ithaopela ho ba Banazari le ba neng ba kgethwa ke Modimo. Monna kapa mosadi o ne a ka etsa boitlamo bo kgethehileng ho Jehova ba ho phela e le Monazari ho fihlela ka nako e itseng. Ba neng ba ithaopela ho etsa boitlamo bona, ba ne ba sa lokela ho etsa dintho tsena tse tharo: Ho nwa jwala kapa ho ja ntho le ha e le efe e entsweng ka morara, ho kuta kapa ho tshwara setopo. Ba neng ba kgethilwe ke Modimo, e ne e eba Banazari bophelo bohle ba bona mme Jehova o ne a ba file melao ya hore na ba phele jwang.—Nu 6:2-7; Bhl 13:5.
Mongodi.
Ke mokopitsi wa Mangolo a Seheberu. Ha Jesu a ne a le lefatsheng, lentswe leo le ne le sebediswa ha ho buuwa ka banna ba tsebang Molao. Ba ne ba hanyetsa Jesu.—Esd 7:6, nal.; Mar 12:38, 39; 14:1.
Moprista.
Ke monna ya neng a emela Modimo ka pela batho, a ba ruta ka Modimo le ka melao ya hae. Baprista ba ne ba emela batho ka pela Modimo, ba ba etsetsa mahlabelo hape e eba bakenadipakeng ebile ba ba buella ho Modimo. Pele molao wa Moshe o eba teng, dihlooho tsa malapa e ne e le baprista ba malapa a tsona. Molaong wa Moshe, banna ba lelapa la Arone ba leloko la Levi ba ne ba sebeletsa e le baprista. Banna ba bang bohle ba Balevi e ne e le bathusi ba bona. Ha ho ne ho thehwa selekane se setjha, Iseraele ya Modimo e ile ya eba setjhaba sa baprista mme Jesu Kreste e le Moprista ya Phahameng.—Ex 28:41; Heb 9:24; Tshe 5:10.
Moprista e moholo.
Ke polelwana e nngwe e sebediswang ha ho buuwa ka “moprista ya phahameng” ka Mangolong a Seheberu. Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, ho bonahala polelwana ena e sebedisitswe moo ho buuwang ka banna ba ka sehloohong hara baprista. Mohlomong e akareletsa banna ba kileng ba sebeletsa e le baprista ba ka sehloohong nakong e fetileng le dihlooho tsa dihlopha tse 24 tsa baprista.—2Kr 26:20; Esd 7:5; Mat 2:4; Mar 8:31.
Moprista ya phahameng.
Ho ya ka Molao oo Modimo a neng a o file Moshe, e ne e le moprista ya neng a emela batho ka pela Modimo a bile a okametse baprista ba bang. O boetse o bitswa “moprista e moholo.” (2Kr 26:20; Esd 7:5) Ke yena feela ya neng a dumeletswe ho kena ka Sehalaledisisong, e leng kamore e ka harehare ya tabernakele le ya tempele e ileng ya eba teng ha morao. O ne a kena selemo le selemo ka Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tshwarelwa Dibe. Jesu Kreste le yena o bitswa “moprista ya phahameng.”—Le 16:2, 17; 21:10; Mat 26:3; Heb 4:14.
Moprofeta.
Moqolo.
Ke leqephe le lelelele le entsweng ka letlalo kapa ka semela sa lodi, le neng le ngolwa ka lehlakoreng le le leng. Hangata le ne le thatelwa thupeng. Mangolo a ne a ngolwa a bile a kopiletswa meqolong, e leng mofuta wa buka e neng e sebediswa mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele.—Jer 36:4, 18, 23; Lu 4:17-20; 2Ti 4:13.
Mora motho.
Mantswe ao a hlaha ka makgetlo a ka bang 80 Dikosepeleng. A sebediswa ha ho buuwa ka Jesu Kreste mme a bontsha hore ha a ne a tswalwa, e ile ya eba motho eseng sebopuwa sa moya se neng se iphetotse motho. Hape mantswe ana a bontsha hore Jesu o ne a tla phethahatsa boprofeta bo hlahang ho Daniele 7:13, 14. Mangolong a Seheberu, mantswe ana a ne a sebediswa ha ho buuwa ka Ezekiele le Daniele e le ho bontsha phapang pakeng tsa babuelli bao le Modimo eo molaetsa wa bona o neng o tswa ho yena.—Eze 3:17; Dan 8:17; Mat 19:28; 20:28.
Mora wa Davida.
Hangata mantswe ana a sebediswa ha ho buuwa ka Jesu e leng taba e hatisang hore ke yena Mojalefa wa selekane sa Mmuso se neng se tla phethahatswa ke motho ya tswang lelokong la Davida.—Mat 12:23; 21:9.
Mosa.
Ke lentswe la Segerike leo moelelo wa lona o bolelang ntho e thabisang kapa e kgahlisang. Hangata lentswe lena le sebediswa ha ho buuwa ka ho fana kapa mpho e fanweng ka pelo e ntle. Ha lentswe lena le bua ka mosa oo Modimo a re bontshang wona, le o hlalosa e le mpho eo Modimo a re fang yona ka lerato empa a sa lebella hore re mo patale. Ka hoo, ena ke tsela eo Modimo a bontshang ka yona hore o a fana ebile o rata batho. Lentswe lena la Segerike le boetse le fetolelwa ka mantswe a kang “mohau” kapa “mpho e fanwang ka pelo e ntle.” Mpho ena ha e hloke hore motho ya e fuweng a e patale kapa a e sebeletse ka ha mofani wa yona o fana ka yona hobane a le pelo e ntle.—2Ko 6:1; Ef 1:7.
Mosokolohi.
Ka Bibeleng, lentswe lena le bolela motho ya sokolohetseng bodumeding ba Sejuda mme ha e le monna taba ena e ne e akareletsa hore a bolle.—Mat 23:15; Dik 13:43.
Motho ya buisanang le badimo.
Ke motho ya reng o kgona ho bua le bafu.—Le 20:27; De 18:10-12; 2Ma 21:6.
Motho ya lokolohileng.
Nakong ya puso ya Roma, ‘motho ya lokolohileng’ e ne e le motho ya nang le ditokelo tsohle tseo Baroma ba neng ba ena le tsona. Hape e ka nna yaba e ne e le motho ya lokolotsweng bokgobeng. Motho ya lokolotsweng ka molao bokgobeng o ne a ena le ditokelo tsohle tseo Baroma ba neng ba ena le tsona empa e ne e ke ke ya eba moetapele wa dipolotiki. Haeba a ne a sa lokollwa ka molao, o ne a lokoloha bokgobeng empa o ne a ke ke a fumana ditokelo tsohle tseo Baroma ba neng ba ena le tsona.—1Ko 7:22.
Motsamaisi.
Ho latela tsela eo lentswe lena le sebedisitsweng ka yona lengolong la Dipesaleme, ho bonahala eka ka Seheberu le bua ka motho ya neng a hlophisa hore na dipina di letswe jwang le hore na di binwe jwang. O ne a bile a kwetlisa dibini tsa Balevi le ho etella dibini pele ha ho binwa ka dinako tse itseng tse kgethehileng. Dibibele tse ding di sebedisa polelwana “sebini se seholo” kapa “motsamaisi wa dibini.”—Ps 4:Shl; 5:Shl.
Motse wa Davida.
Ke lebitso la motse oo Davida a ileng a o hapa yaba o haha ntlo ya hae ya borena ho wona. Pele ho moo, motse oo o ne o bitswa Jebuse. Motse oo o boetse o bitswa Sione. Ke motse o ka borwabotjhabela ho Jerusalema ebile ke wa kgale ka ho fetisisa.—2Sa 5:7; 1Kr 11:4, 5.
Moya.
Lentswe la Seheberu e leng neʹphesh le la Segerike e leng psy·kheʹ le fetoletswe e le “moya” Dibibeleng tse ding tsa Sesotho. Le ha ho le jwalo, eo ha se yona tsela e nepahetseng ya ho fetolela mantswe ao hobane a dumellana le thuto ya bohata ya hore moya ha o shwe. Ha e le hantle, mantswe ao a bolela (1) batho, (2) diphoofolo kapa (3) bophelo ba batho kapa ba diphoofolo. (Ge 1:20; 2:7; Nu 31:28; 1Pe 3:20) Bibeleng ena mantswe ao a Seheberu le a Segerike a fetoletswe ho ya ka hore na ho buuwa ka eng temaneng e nngwe le e nngwe. Mantswe ana a fetoletswe e le “bophelo,” “sebopuwa” kapa “motho.” Mantswe ao a boetse a bolela motho ya shweleng kapa setopo. (Nu 6:6; Hag 2:13) Ha ho buuwa ka ho etsa ntho ka moya wohle ho bolela ho e etsa ka pelo yohle kapa ka sohle seo motho a nang le sona. (De 6:5; Mat 22:37) Ho boetse ho na le lentswe la Seheberu ruʹach le la Segerike pneuʹma. Hangata a fetolelwa e le “moya” mme a na le meelelo e fapaneng. Mantswe ana a bolela dintho tseo batho ba sa kgoneng ho di bona empa ho ena le bopaki ba hore ho na le matla ho tsona. Mantswe ana a Seheberu le a Segerike a sebediswa ha ho buuwa ka (1) moya o fokang, (2) matla a bophelo ao dibopuwa tse phelang lefatsheng di nang le ona, (3) maikutlo ao motho a nang le ona a mo susumetsang hore a bue kapa a etse dintho ka tsela e itseng, (4) melaetsa e tswang ho mangeloi, (5) mangeloi le (6) matla a Modimo kapa moya o halalelang.—Ex 35:21; Ps 104:29; Lu 11:13.
Moya o halalelang.
Muthe-labene.
Ke lentswe le hlahang sehloohong sa Pesaleme ya 9. Kgalekgale le ne le bolela “mabapi le lefu la mora.” Batho ba bang ba nahana hore e ne e le lebitso kapa mantswe a qalang modumo o tlwaelehileng o neng o sebediswa ha ho binwa pesaleme ena.
Nakong eo bofelo ba lefatshe bo leng haufi.
Ke nako e tlang pele ho fediswa mebuso e laolwang ke Satane mme e ba ka nako e le nngwe le nako ya ho ba teng ha Kreste. Nakong ena, Jesu o laela mangeloi hore ‘a arole ba sa lokang ho ba lokileng’ le ho ba fedisa. (Mat 13:40-42, 49) Barutuwa ba Jesu ba ne ba batla ho tseba hore na nako eo e tla fihla neng. (Mat 24:3) Pele Jesu a ya lehodimong, o ile a tshepisa balatedi ba hae hore o tla ba le bona ho fihlela ka nako eo.—Mat 28:20.
Naledi ya meso.
Ke naledi ya ho qetela ya ho hlaha ka karolong e ka botjhabela ya lehodimo pele letsatsi le tjhaba mme e bontsha hore letsatsi le letjha le a qala.—Tshe 22:16; 2Pe 1:19.
Nareda.
Ke oli e turang e mmala o mofubedu e entsweng ka semela sa nareda (Nardostachys jatamansi ). Ka ha oli ena e ne e tura, e ne e tswakwa le dioli tse ding tsa boemo bo tlase ebile ka dinako tse ding ho ne ho etswa le eo e seng ya nnete. Le ha ho le jwalo, Mareka le Johanne ba hlalosa hore ho ile ha sebediswa “nareda ya nnete” ho Jesu.—Mar 14:3; Joh 12:3.
Nehilothe.
Ke lentswe leo ho sa tsejweng hore na le bolelang le hlahang ntlheng ya sehlooho ya Pesaleme ya 5. Ba bang ba nahana hore le bolela seletsa sa mmino se letswang ka hore se butswelwe, ba le bapisa le lentswe la Seheberu le amanang le cha·lilʹ (lekodilo). Le ha ho le jwalo, lentswe lena ho ka etsahala le bolela pina.
Nisane.
Ke lebitso le letjha la kgwedi ya Abibe leo Bajuda ba neng ba le sebedisa ha ba qeta ho lokollwa botlamuweng Babilona. Ke lebitso la kgwedi ya pele khalendareng ya bodumedi ya Sejuda mme ke kgwedi ya bosupa khalendareng ya temo. E ne e qala mahareng a kgwedi ya March ho ya mahareng a April. (Ne 2:1)—Sheba Ntlha ya B15.
Ntlo ya thapelo.
Ke polelwana e bolelang “ho kopanya; kopano” empa ditemaneng tse ngata e bolela mohaho kapa sebaka seo Bajuda ba neng ba kopanela ho sona e le hore ba ka bala Mangolo, ditaelo, ba ruta le ho rapela. Mehleng ya Jesu, motse o mong le o mong Iseraele o ne o ena le ntlo ya thapelo mme metse e meholo yona e ne e ena le matlo a thapelo a mmalwa.—Lu 4:16; Dik 13:14, 15.
Nyehelo.—
Nyehelo e tsokwang.
Ke nyehelo eo ho yona moprista a neng a beha matsoho a hae ka tlasa matsoho a motho ya fanang ka nyehelo ebe o a e tsoka kapa moprista ke yena ya neng a e tsoka. Ketso eo e ne e bontsha hore dinyehelo tseo di etsetswa Jehova.—Le 7:30.
Nyehelo ya boitlamo.
Nyehelo ya molato.
Ke sehlabelo seo motho a neng a se etsa ha a ne a entse sebe. E ne e fapane hanyenyane le dinyehelo tse ding tsa sebe. E ne e fanwa ke motho ya entseng phoso e le hore a ka boela a ba le ditokelo tsa selekane tseo a neng a ena le tsona pele, tseo a ileng a lahlehelwa ke tsona ka lebaka la sebe seo a se entseng. Hape e ne e bebofatsa kotlo eo a neng a lokela ho e fuwa.—Le 7:37; 19:22; Esa 53:10.
Nyehelo ya sebe.
Nyehelo ya seno.
Nyehelo ya setjheso.
Nyehelo ya teboho.
Ke nyehelo e kopanetsweng eo batho ba neng ba e etsa ho leboha Modimo ka dintho tseo a ba etsetsang tsona le ka lerato la hae. Ha ho etswa nyehelo ena, nama ya phoofolo ya sehlabelo e ne e jewa le bohobe bo nang le tomoso le bo se nang yona. Nama eo e ne e lokela ho jewa ka lona letsatsi leo.—2Kr 29:31.
O teng.
Ka dinako tse ding Mangolong a Segerike a Bakreste, mantswe ana a bolela ho ba teng ha Jesu Kreste jwalo ka morena ho tloha ka nako eo a neng a kgethwa hore e be Morena eo e leng Mesia matsatsing a ho qetela. Ho ba teng ha Kreste ha ho bolele ho ba teng ka nakwana feela empa ho bolela ho ba teng ho fihlela nako e behilweng.—Mat 24:3.
Ofisiri.
Omere.
Ke sesebediswa se methang dintho tse ommeng mme se lekana le dilithara tse 2,2 kapa karolo e le nngwe ho tse leshome tsa efa. (Ex 16:16, 18)—Sheba Ntlha ya B14.
Onikse.
Ke lejwe kapa lehakwe la bohlokwa, ke mofuta o thata wa lejwe la akgate (agate) kapa lejwe le mebalabala la chalcedony. Lejwe la onikse le na le mmala o mosweu o kopaneng le o motsho, o mosootho, o mofubedu, o moputswa kapa o motala. Le ne le sebediswa diaparong tse kgethehileng tsa moprista ya phahameng.—Ex 28:9, 12; 1Kr 29:2; Job 28:16.
Pako.
Tsela eo lentswe lena le sebedisitsweng ka yona ka Bibeleng, le bolela ho fetola mohopolo le tsela eo motho a phelang ka yona ka lebaka la ho baka ho tswang pelong, ho ikwahlaela dintho tse mpe tseo a neng a di etsa kapa ntho eo a hlolehileng ho e etsa. Pako ya nnete e hlahisa makgabane a matle ebile e etsa hore motho a fetole tsela eo a etsang dintho ka yona.—Mat 3:8; Dik 3:19; 2Pe 3:9.
Palo.
Ke palo eo batho ba neng ba kgokgothelwa ho yona. Ditjhabeng tse ding batho ba ne ba bolaelwa ho yona kapa ba fanyeha ditopo ho yona ho lemosa ba bang kapa ho tlotlolla motho eo ka pela batho ba bang. Baasiria ba ne ba tsebahala ka ho bolaya batho ka sehloho. Ba ne ba bolaya batshwaruwa ka ho ba hlaba ka dipalo tse motsu dimpeng di be di yo fihla sefubeng ebe ba di hloma fatshe. Molaong wa Bajuda teng, ha motho a ne a entse sebe se seholo se kang ho rohaka Modimo kapa ho rapela ditshwantsho, o ne a bolawa pele ka hore a tlepetswe ka majwe kapa ka tsela e nngwe. Ka mora moo, o ne a fanyehwa palong kapa sefateng e le ho lemosa ba bang. (De 21:22, 23; 2Sa 21:6, 9) Ka dinako tse ding Baroma bona ba ne ba tlamella motho palong. Ha a le moo o ne a phela matsatsi a seng makae ebe ka mora moo o bolawa ke ho utlwa bohloko, lenyora, tlala le ho tjheswa ke letsatsi. Ka dinako tse ding ba ne ba kgokgothelwa matsoho le maoto a motho palong jwalo ka ha ba ile ba etsa ha ba ne ba bolaya Jesu. (Lu 24:20; Joh 19:14-16; 20:25; Dik 2:23, 36) Maemong a mang lentswe la Segerike e leng stau·rosʹ, le bolela palo e tshwanang le eo Jesu a ileng a bolaelwa ho yona. Ha ho na bopaki bo bontshang hore lentswe lena la Segerike le ne le bolela sefapano, se kang se neng se sebediswa ke bahetene e le letshwao la bodumedi dilemo tse ngata pele Kreste a eba teng lefatsheng. Lentswe stau·rosʹ le boetse le sebedisitswe ho hlalosa ka moo balatedi ba Jesu ba neng ba tla hlokofatswa, ba utlwiswe bohloko le ho hlabiswa dihlong ka teng.—Mat 16:24; Heb 12:2.
Palo e halalelang.
Lentswe la Seheberu (ʼashe·rahʹ ) le bolela (1) palo e halalelang e tshwantshetsang Ashera, modimotsana wa Bakanana eo ho neng ho dumelwa hore o etsa hore basadi ba ime kapa (2) setshwantsho sa modimotsana Ashera. Ho bonahala eka dipalo tseo di ne di eme ebile karolo e itseng ya tsona e ne e entswe ka lepolanka. Ho ka etsahala hore ebe e ne e le dipalo tse sa betlwang kapa difate.—De 16:21; Bhl 6:26; 1Ma 15:13.
Paradeise.
Ke serapa se setle se kang phaka. Sebaka sa pele se neng se le jwalo e ne e le serapa sa Edene seo Jehova a neng a se etseditse Adama le Eva. Jesu o ile a bua le senokwane se neng se kgokgothetswe pela hae ka hore lefatshe e tla ba paradeise. Lengolo la 2 Bakorinthe 12:4 le bua ka paradeise e tlo ba mona lefatsheng mme la Tshenolo 2:7 le bua ka paradeise e lehodimong.—Sef 4:13; Lu 23:43
Paseka.
Ke mokete oo Baiseraele ba neng ba o keteka selemo le selemo ka letsatsi la bo14 la kgwedi ya Abibe (ha morao e ile ya bitswa Nisane). Ba ne ba hopola nako eo ba ileng ba lokollwa ka yona Egepeta. Ha ba e keteka ba ne ba hlaba nku (kapa podi) ebe ba a e besa. Ba ne ba ja nama ya yona le meroho e babang ha mmoho le bohobe bo se nang tomoso.—Ex 12:27; Joh 6:4; 1Ko 5:7.
Pentekonta.
Ke mokete wa bobedi meketeng e meraro e meholo eo banna bohle ba Bajuda ba neng ba lokela ho e keteka Jerusalema. Pentekonta e bolela “Letsatsi la bo50.” Ke lebitso le neng le sebediswa Mangolong a Segerike a Bakreste ha ho buuwa ka Mokete wa Kotulo hape le ne le sebediswa Mangolong a Seheberu ha ho buuwa ka Mokete wa Dibeke. E ne e ketekwa ka letsatsi la bo50 ha ho balwa ho tloha ka Nisane 16.—Ex 23:16; 34:22; Dik 2:1.
Persia; Bapersia.
Persia ke naha. Bapersia ke setjhaba seo hangata ha ho buuwa ka sona ho buuwang le ka Bamede. Ka hoo, ho hlakile hore ba ne ba amana. Ha Bapersia ba qala ho ba teng, ba ne ba dula karolong e ka borwabophirimela e dithaba ya Iran. Ha Saeruse e Moholo a busa (eo borahistori ba bang ba kgale ba reng ntate wa hae e ne e le Mopersia mme mme wa hae e le Momede), Bapersia ba ne ba le bangata ho feta Bamede. Le ha ho le jwalo, ka bobedi ba ile ba tswela pele e le mmuso o kopaneng. Saeruse o ile a hapa Mmuso wa Babilona ka selemo sa 539 pele ho mehla ya Jesu mme a dumella Bajuda ba neng ba le botlamuweng Babilona hore ba kgutlele naheng ya bona. Mmuso wa Bapersia o ne o tloha Nokeng ya Indus ka botjhabela ho ya fihla Lewatleng la Aegean ka bophirimela. Bajuda ba ne ba buswa ke Persia ho fihlela Alexandere e Moholo a hlola Bapersia ka selemo sa 331 pele ho mehla ya Jesu. Daniele o ile a ba le pono ka Mmuso wa Persia ebile ho buuwa ka wona ka Bibeleng ho Esdrase, Nehemia le Esthere. (Esd 1:1; Dan 5:28; 8:20)—Sheba Ntlha ya B9.
Pesaleme.
Ke pina ya ho rorisa Modimo. Dipesaleme e ne e le dipina mme di ne di binwa ke barapedi ba Jehova Modimo ho akareletsa le ha ba ne ba mo rapela phatlalatsa tempeleng ya hae Jerusalema.—Lu 20:42; Dik 13:33; Jak 5:13.
Phaseje ya Solomone.
Mehleng ya Jesu, tempeleng ho ne ho ena le phaseje e ruletsweng ka botjhabela ho lebala le ka ntle, eo ho neng ho dumelwa hore ke mesaletsa ya tempele ya Solomone. Jesu o ne a tsamaya ho yona ‘ka mariha’ mme Bakreste ba pele ba ne ba rapela teng. (Joh 10:22, 23; Dik 5:12)—Sheba Ntlha ya B11.
Phori.
E nngwe ya dintho tse senyang dimela e bakwang ke hlobo. Ho bonahala eka phori eo ho buuwang ka yona ka Bibeleng ke matheba a manyenyane a mmala wa mafome a hlahang kutung le makaleng a semela (Puccinia graminis).—1Ma 8:37.
Phutheho.
Ke sehlopha sa batho se bokaneng ha mmoho ka sepheo se itseng kapa bakeng sa ketsahalo e itseng. Hangata lentswe lena le sebediswa Mangolong a Seheberu ha ho buuwa ka setjhaba sa Iseraele. Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, le sebediswa ha ho buuwa ka phutheho ka nngwe empa le sebediswa haholo ha ho buuwa ka Bakreste ka kakaretso.—1Ma 8:22; Dik 9:31; Bar 16:5.
Pilara.
Ke palo e tenya e tshehetsang mohaho. Dipilara tse ding di ne di hlongwa e le ho ikgopotsa histori kapa diketsahalo tsa nako e fetileng. Ho ile ha sebediswa dipilara tempeleng le mehahong ya borena eo Solomone a ileng a e haha. Bahetene ba ne ba hloma dipilara tse halalelang tse amanang le bodumedi ba bona ba bohata, ka dinako tse ding Baiseraele le bona ba ne ba ba etsisa. (Bhl 16:29; 1Ma 7:21; 14:23)—Sheba HLOOHO YA PILARA.
Pilara e halalelang.
Ke pilara e emeng eo hangata e neng e etswa ka lejwe mme ho bonahala e ne e le setshwantsho se bontshang setho sa botona sa Baale kapa sa medimo e meng ya bohata.—Ex 23:24.
Pime.
Ke sekala kapa theko eo Bafilista ba neng ba e patadisa batho ha ba leotsa dithulusi tsa bona tsa tshepe. Dikala tsa majwe tse fumanweng Iseraele ke baepolli ba dintho tsa kgale di ne di ena le ditlhaku tsa Seheberu tsa kgale tse emelang “pime.” Boima ba tsona e ne e ka ba dikramo tse 7,8.—1Sa 13:20, 21.
Pina ya ho Nyolohela Motseng.
Ke mantswe a sehlooho a hlahang Pesalemeng ya 120 ho ya ho 134. Le hoja ho ena le maikutlo a fapaneng tabeng ya hore na mantswe ana a bolelang, batho ba bangata ba dumela hore dipesaleme tsena tse 15 di ne di binwa ke Baiseraele ba thabileng ha ba ne ba ‘nyolohela’ Jerusalema, e neng e le hodima dithaba tsa Juda. Ba ne ba ya moo ho ya keteka mekete e meraro e neng e tshwarwa selemo le selemo.
Pontsho.
Ke ntho e itseng, ketsahalo, boemo kapa ntho e sa tlwaelehang e bontshang ntho ya bohlokwa e etsahalang hona jwale kapa e tla etsahala nakong e tlang.—Ge 9:12, 13; 2Ma 20:9; Mat 24:3; Tshe 1:1.
Porneia.—
Purime.
Ke mokete wa selemo le selemo o neng o ketekwa ka la 14 le la 15 kgweding ya Adare. O ne o ketekwa e le ho hopola ha Bajuda ba ne ba sireletswa hore ba se ke ba fediswa mehleng ya Mofumahadi Esthere. Lentswe lena pu·rimʹ ha se la Seheberu mme le bolela “lotho.” Mokete wa Purime kapa Mokete wa Lotho o ile wa fuwa lebitso lena ka mora hore Hamane a lahle Pure (Lotho) a batla ho kgetha letsatsi leo a tla phetha leano la hae la ho fedisa Bajuda.—Est 3:7; 9:26.
Qubu.
Rahaba.
Ke lentswe le sebedisitsweng ka tsela ya tshwantshetso bukeng ya Jobo, Dipesaleme le ya Esaia (ha se Rahaba eo ho buuwang ka yena bukeng ya Joshua). Seo ho buuwang ka sona bukeng ya Jobo se thusa motho ho hlokomela hore Rahaba ke phoofolo e kgolo ya lewatle. Ditemaneng tse ding, phoofolo eo e sebedisetswa ho tshwantshetsa Egepeta.—Job 9:13; Ps 87:4; Esa 30:7; 51:9, 10.
Reng e tempang.
Sabatha.
Ke lentswe la Seheberu le bolelang “ho phomola kapa ho emisa ho etsa ntho e itseng.” Ke letsatsi la bosupa bekeng ya Bajuda (le qala ka Labohlano mantsiboya le fela ka Moqebelo mantsiboya). Matsatsi a mang a mekete selemong ha mmoho le selemo sa bosupa le sa bo50, a ne a bitswa sabatha. Ka letsatsi la Sabatha ho ne ho se na motho ya lokelang ho sebetsa. Ke baprista feela ba neng ba dumeletswe ho sebetsa tabernakeleng kapa tempeleng. Ka selemo sa sabatha, ho ne ho se na motho ya dumeletsweng ho lema ebile Baheberu ba ne ba sa lokela ho qobella Baheberu ba bang hore ba patale dikoloto tsa bona. Molaong wa Moshe, dithibelo tsa Sabatha di ne di se thata empa baetapele ba bodumedi ba mehleng ya Jesu ba ile ba ikenyetsa melao ya bona mme seo sa etsa hore ho be thata hore batho ba mamele molao wa Sabatha.—Ex 20:8; Le 25:4; Lu 13:14-16; Kol 2:16.
Samaria.
E ne e le motsemoholo wa mmuso o ka leboya wa maloko a leshome a Iseraele ka dilemo tse ka bang 200 ebile e le lebitso la naha yohle ya ona. Motse oo o ne o hahilwe hodima thaba e bitswang ka lebitso leo. Mehleng ya Jesu, Samaria e ne e le lebitso la setereke se neng se le pakeng tsa Galilea ka leboya le Judea ka borwa. Hangata Jesu o ne a sa etse mosebetsi wa boboledi sebakeng seo empa ka dinako tse ding o ne a feta ho sona mme a bua le baahi ba moo. Petrose o ile a sebedisa senotlolo sa bobedi sa Mmuso sa tshwantshetso ha Basamaria ba ne ba amohela moya o halalelang. (1Ma 16:24; Joh 4:7; Dik 8:14)—Sheba Ntlha ya B10.
Sanhedrine.
Ke lekgotla le phahameng la Bajuda le neng le le Jerusalema. Mehleng ya Jesu, Sanhedrine e ne e ena le ditho tse 71 tse akareletsang moprista ya phahameng le batho bao e kileng ya eba baprista ba phahameng, ba malapa a baprista ba phahameng, baholo, dihlooho tsa maloko le tsa malapa le bangodi.—Mar 15:1; Dik 5:34; 23:1, 6.
Satane.
Seah.
Ke ntho e sebediswang ho lekanya dintho tse ommeng. Ho ya ka tekanyo ya bate e lekanyang dintho tse metsi, seah e ka lekana le dilithara tse 7,33. (2Ma 7:1; nal)—Sheba Ntlha ya B14.
Searame.
Ke puo e tshwanang le Seheberu ebile e na le ditlhaku tse kang tsa Seheberu. Qalong e ne e buuwa ke Baarame empa ha morao e ile ya sebediswa haholo dibakeng tse neng di buswa ke Baasiria le Bababilona. E ne e sebediswa haholo ditabeng tsa kgwebo. Hape e ne e le puo e buuwang haholo Persia. (Esd 4:7) Tse ding tsa ditaba tse hlahang bukeng ya Esdrase, Jeremia le Daniele di ne di ngotswe ka Searame.—Esd 4:8–6:18; 7:12-26; Jer 10:11; Dan 2:4b–7:28.
Sebaka se phahameng.
Seboka.
Seboni.
Ke motho eo Modimo a neng a etsa hore a lemohe thato ya hae, a kgone ho bona kapa a utlwisise dintho tseo batho ba bang ba neng ba ke ke ba kgona ho di utlwisisa. Lentswe lena le tswa lentsweng la Seheberu le bolelang “ho bona,” ebang ke ka tsela ya sebele kapa ya tshwantshetso. Seboni ke motho eo batho ba neng ba kopa dikeletso ho yena ha ba ne ba ena le mathata.—1Sa 9:9.
Sebopi.
Sebopi sa mollo.
Sefate sa bophelo.
Sefate sa tsebo ya botle le bobe.
Segerike.
Sehalaledisiso.
Ke kamore e ka harehare ya tabernakele le ya tempele, eo areka ya selekane e neng e behwa ka hara yona. Ho ya ka Molao oo Modimo a neng a o file Moshe, ke moprista ya phahameng feela ya neng a dumeletswe ho kena ka Sehalaledisisong. O ne a kena hanngwe feela ka selemo ka Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tshwarelwa Dibe.—Ex 26:33; Le 16:2, 17; 1Ma 6:16; Heb 9:3.
Sehalalelo.
Ke kamore e qalang e kgolo ya tabernakele kapa ya tempele. E fapane le kamore e ka harehare e leng Sehalaledisiso. Ka tabernakeleng, ka hara Sehalalelo ho ne ho ena le sedulwana sa lebone sa kgauta, aletare ya kgauta ya dibano, tafole ya bohobe ba pontsho le disebediswa tsa kgauta. Ka tempeleng, Sehalalelo se ne se ena le aletare ya kgauta, didulwana tsa mabone tsa kgauta tse leshome le ditafole tsa bohobe ba pontsho tse leshome. (Ex 26:33; Heb 9:2)—Sheba Ntlha ya B5 le ya B8.
Sehalalelo (Sebaka se halalelang).
Ke sebaka se kgethehileng seo ho rapelwang ho sona, se halalelang. Hangata mantswe ao a sebediswa ha ho buuwa ka tabernakele kapa tempele e neng e le Jerusalema. A boetse a sebediswa ha ho buuwa ka lehodimo e leng sebaka seo Modimo a dulang ho sona.—Ex 25:8, 9; 2Ma 10:25; 1Kr 28:10; Tshe 11:19.
Sehatelo sa veine.
Hangata e ne e le dikoti tse pedi tse neng di tjhekwa lejweng, se seng se le hodimo mme se seng se le tlase. Ho ne ho ena le foro e theohelang sekoting se tlase. Ha ho ntse ho hatwa morara sekoting se hodimo, metsi a tswang morareng a ne a theohela sekoting se tlase. Polelo ena e sebedisitswe ka tsela ya tshwantshetso ha ho buuwa ka kahlolo ya Modimo.—Esa 5:2; Tshe 19:15.
Seheberu (Moheberu).
Ke lebitso le neng le sebediswa ha ho buuwa ka Abrame (Abrahama), le neng le mo kgetholla ho baahisani ba hae ba Baamore. Ha morao le ile la sebediswa ha ho buuwa ka ditloholo tsa Abrahama tseo a di tswaletsweng ke setloholo sa hae Jakobo. Puo ya bona e ne e bitswa Seheberu. Mehleng ya Jesu, puo ya Seheberu e ne e se e ena le mantswe a Searame ebile ke puo eo Kreste le barutuwa ba hae ba neng ba e bua.—Ge 14:13; Ex 5:3; Dik 26:14.
Sehlabelo.
Ke nyehelo eo motho a e etsetsang Modimo ho mo leboha, ho dumela hore o foseditse Modimo le ho lokisa dintho le yena. Ho tloha ka Abele, batho ba ne ba ithaopela ho etsa mahlabelo a fapaneng ho akareletsa le a diphoofolo ho fihlela selekane sa Molao oo Modimo a neng a o file Moshe se hlalosa hore ba tlameha ho a etsa. Ka mora hore Jesu a fane ka bophelo ba hae bo se nang sebe e le sehlabelo, Bakreste ba ne ba se ba sa hloke ho etsa mahlabelo. Le ha ho le jwalo, ba ntse ba etsetsa Modimo mahlabelo ka tsela ya tshwantshetso.—Ge 4:4; Heb 13:15, 16; 1Jo 4:10.
Sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe.
Ka Mangolong a Seheberu, polelwana ena e amana le mahlabelo a neng a etswa e le hore batho ba kgone ho atamela ho Modimo le ho mo sebeletsa. Ha Molao wa Moshe o ntse o sebetsa, mahlabelo a ne a etswa selemo le selemo ka Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tshwarelwa Dibe e le hore batho ba kgutlele ho Modimo ho sa tsotellehe dibe tseo motho kapa setjhaba se neng se di entse. Mahlabelo ao a ne a tshwantshetsa sehlabelo sa Jesu se entsweng hanngwe ebile e le la ho qetela e le hore batho ba tshwarelwe dibe. Sehlabelo seo se buletse batho monyetla wa hore ba boelane le Jehova.—Le 5:10; 23:28; Kol 1:20; Heb 9:12.
Sehlabelo se kopanetsweng.
Ke sehlabelo se etsetswang Jehova e le hore motho a ka ba le kgotso le yena. Sehlabelo sena se ne se jewa ke motho ya faneng ka sona, ba lelapa la hae, moprista ya se nyehetseng le baprista bohle ba sebetsang letsatsing leo. Ho ne ho tshwana le ha eka Jehova o amohela monko o monate wa mafura a besitsweng. O ne a boetse a fuwa madi hobane a tshwantshetsa bophelo. Ho ne ho tshwana le ha eka baprista le batho ba faneng ka sehlabelo ba dutse le Jehova mme ba ja le yena e leng ntho e bontshang hore ba na le kgotso le yena.—Le 7:29, 32; De 27:7.
Sehlooho.
Ke mongolo o hlahang qalong ya pesaleme e nngwe le e nngwe. O hlalosa mongodi wa yona le dintho tse neng di etsahala ha e ne e ngolwa. O boetse o hlalosa ditaelo tsa pina, hore na e ne e lokela ho binwa neng le hore na morero wa yona e ne e le ofe.—Sheba dihlooho tsa Pesaleme ya 3, 4, 5, 6, 7, 30, 38, 60, 92 le 102.
Sekoti se Tebileng.
Lentswe lena le tswa lentsweng la Segerike e leng aʹbys·sos, le bolelang “e tebileng haholo” kapa “eo ho se nang moo e fellang teng.” Ka Mangolong a Segerike a Bakreste lentswe lena le bolela ho kwalla kapa sebaka seo ho kwallwang ho sona. Hape le sebediswa ha ho buuwa ka lebitla empa ha le sebediswe boemong boo feela.—Lu 8:31; Bar 10:7; Tshe 20:3.
Sekwahelo sa poelano.
Ke sekwahelo sa areka ya selekane, seo moprista ya phahameng a neng a hasa madi a dinyehelo tsa sebe ka pela sona ka Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tshwarelwa Dibe. Lentswe lena ka Seheberu le tswa leetsing le bolelang “ho kwahela (sebe)” kapa mohlomong “ho hlakola (sebe).” Se ne se entswe ka kgauta e thata mme ho ne ho kgomareditswe dikerubime tse pedi ho sona. Ka dinako tse ding ho thwe feela ke “sekwahelo.” (Ex 25:17-22; 1Kr 28:11; Heb 9:5)—Sheba Ntlha ya B5.
Selah.
Ke lentswe le sebediswang mminong le hlahang lengolong la Dipesaleme le la Habakuke. Ho ka etsahala hore le bolela ho kgefutsa hanyenyane ha motho a bina kapa a letsa mmino, ka morero wa ho nahanisisa ka seo a qetang ho se utlwa. Bibeleng ya Segerike ya Septuagint ho sebedisitswe lentswe di·aʹpsal·ma, le bolelang “kgefutso e nyenyane mminong.”—Ps 3:4; Hab 3:3.
Selekane.
Tumellano pakeng tsa Modimo le batho kapa pakeng tsa batho ba babedi ya hore ba tla etsa ntho e itseng kapa ba ke ke ba e etsa. Ka dinako tse ding, ke motho a le mong feela ya neng a lokela ho etsa dintho tseo ba dumellaneng ka tsona (ke selekane seo e neng e le tshepiso). Ka dinako tse ding, batho bao ba babedi ba ne ba lokela ho etsa dintho tseo ba dumellaneng ka tsona (ke selekane se tlamang batho ba babedi). Ntle le dilekane tseo Modimo a neng a di etsa le batho, Bibele e boetse e bua ka dilekane tse neng di etswa ke batho, merabe, ditjhaba kapa dihlopha tsa batho. Ho na le dilekane tsa bohlokwa tseo Modimo a ileng a di etsa, tse ding tsa tsona ke seo a se entseng le Abrahama, Davida, setjhaba sa Iseraele (selekane sa Molao) le Iseraele ya Modimo (selekane se setjha).—Ge 9:11; 15:18; 21:27; Ex 24:7; 2Kr 21:7.
Serethe.
Ho Baheberu serethe e ne e le mosadi wa bobedi lenyalong la sethepu. Ho bonahala eka direthe e ne e le banana bao e neng e le makgoba ao e ka nnang yaba e ne e le: (1) banana ba Baheberu ba rekisitsweng ke bontate ba bona (Ex 21:7-9), (2) banana ba baditjhaba ba rekilweng hore e be makgoba kapa (3) banana ba baditjhaba ba hapilweng ntweng (De 21:10-14). Direthe tse ding e ne e le makgoba kapa basebeletsi ba mosadi wa pele, jwalo ka ha ho ne ho le jwalo ka Sara, Lea le Ragele.—Ge 16:3, 4; 30:3-13; Bhl 8:31; 9:18; Ex 21:8; 2Sa 5:13; 1Ma 11:3.
Sesare.
Lena ke lebitso la lelapa le leng naheng ya Roma leo ha morao e ileng ya eba tlotla ya baemphera ba Roma. Bosesare ba boletsweng ka Bibeleng ke Augustase, Tiberiuse le Claudiase. Le hoja Nero a sa bolelwa ka lebitso, le yena e ne e le Sesare. Lebitso “Sesare” le boetse le sebediswa ka Mangolong a Segerike a Bakreste ha ho buuwa ka babusi kapa Mmuso.—Mar 12:17; Dik 25:12.
Setempe.
Ke ntho e sebediswang ho etsa letshwao ho bontsha hore ntho e itseng ke ya hao, hore ke ya nnete kapa ho etsa tumellano. Ditempe tsa mehleng ya kgale di ne di ena le karolo e thata (lejwe, lenaka la tlou kapa lepolanka) e nang le mongolo o fatilweng kapa mokgabiso. Setempe se sebediswa ka tsela ya tshwantshetso ho bolela hore ntho e behilweng letshwao ke ya nnete, ke ya hao, ke ntho e patehileng kapa ke sephiri.—Ex 28:11; Ne 9:38; Tshe 5:1; 9:4.
Setswe.
Ke tekanyo ya bolelele ho tloha setsweng kapa setsung ho ya monwaneng o mahareng. Tekanyo ya setswe eo Baiseraele ba neng ba e sebedisa hangata e ne e le bolelele ba disenthimithara tse 44,5. Ba ne ba boetse ba ena le tekanyo e kgolwanyane ho eo ka boahlamo ba seatla ya bolelele ba disenthimithara tse ka bang 51,8. (Ge 6:15; Lu 12:25)—Sheba Ntlha ya B14.
Setulo sa kahlolo.
Hangata e ne e le sethala se ka ntle se phahameng se nang le ditepisi. Balaodi ba ne ba dula ho sona ha ba bua le batho kapa ba ba tsebisa diqeto tseo ba di entseng. Mantswe a reng “setulo sa kahlolo sa Modimo” le “setulo sa Kreste sa kahlolo” a sebedisitswe ka tsela ya tshwantshetso ho bontsha hore Jehova o tlo ahlola batho.—Bar 14:10; 2Ko 5:10; Joh 19:13.
Shebate.
Ka mora hore Bajuda ba tswe botlamuweng Babilona, e ne e le lebitso la kgwedi ya bo11 ya bodumedi ba Sejuda le kgwedi ya bohlano khalendareng ya temo. E ne e qala bohareng ba kgwedi ya January ho ya bohareng ba February. (Zak 1:7)—Sheba Ntlha ya B15.
Shekele.
Ke tekanyo eo Baheberu ba neng ba e sebedisa ho lekanya boima le boleng ba tjhelete. E ne e le boima ba dikramo tse 11,4. E ka nna yaba polelwana “tekanyo e sebediswang sebakeng se halalelang,” e ne e sebediswa ho bontsha bohlokwa ba ho lekanya boima ba ntho e itseng ka tsela e nepahetseng kapa hore bo lokela ho dumellana le tekanyo e sebediswang tabernakeleng. Ho ka etsahala hore ho ne ho ena le shekele ya boreneng (e fapaneng le shekele e tlwaelehileng) kapa tekanyo e sebediswang ntlong ya borena.—Ex 30:13.
Sheminithe.
Ke lentswe la mmino le bolelang “ya borobedi” leo ho ka etsahalang hore le bolela noto e tlase mminong. Ho ka etsahala hore diletseng tsa mmino lentswe lena le bua ka diletsa tse ntshang modumo wa bese. Pineng teng, le ka bolela modumo o llelang tlase o latelwang ke pina.—1Kr 15:21; Ps 6:Shl; 12:Shl.
Sheole.
Sione; Thaba ya Sione.
Ke lebitso la motse o sireletsehileng wa Bajebuse o bitswang Jebuse o neng o le leralleng le ka borwabotjhabela ho Jerusalema. Ka mora hore Davida a hape motse oo, o ile a haha ntlo ya hae ya borena teng mme wa bitswa “Motse wa Davida.” (2Sa 5:7, 9) Sione e ile ya eba thaba e halalelang ho Jehova ka mora hore Davida a ise Areka teng. Ha morao, lebitso lena le ile la akareletsa sebaka seo tempele e neng e le ho sona Thabeng ya Moria mme ka dinako tse ding le ne le sebediswa ha ho buuwa ka motse wa Jerusalema. Hangata le sebediswa ka tsela ya tshwantshetso Mangolong a Segerike a Bakreste.—Ps 2:6; 1Pe 2:6; Tshe 14:1.
Siretise.
Dikou tse pedi tse kgolo tse sa tebang lebopong la Libia, ka Leboya ho Afrika. Basesisi ba dikepe ba mehleng ya kgale ba ne ba di tshaba hobane lehlabathe la tsona le ne le sa tsitsa ka lebaka la maqhubu a lewatle. (Dik 27:17)—Sheba Ntlha ya B13.
Siria; Basiria.—
Sheba ARAME; BAARAME.
Sivane.
Ke lebitso la kgwedi ya boraro khalendareng ya bodumedi ea Sejuda hape ke kgwedi ya borobong khalendareng ya temo. Lebitso lena ba ne ba le sebedisa ka mora hore ba tswe botlamuweng Babilona. Kgwedi ena e ne e qala mahareng a kgwedi ya May e fela mahareng a kgwedi ya June. (Est 8:9)—Sheba Ntlha ya B15.
Tabernakele.
Ke tente eo Baiseraele ba neng ba rapela ho yona ka mora hore ba tswe Egepeta. Baiseraele ba ne ba etsetsa mahlabelo teng mme ka hara yona ho ne ho ena le areka ya selekane sa Jehova e neng e tshwantshetsa ho ba teng ha Modimo. Ka dinako tse ding e ne e bitswa “tente ya pokano.” E ne e entswe ka mapolanka mme e kwahetswe ka masela a neng a ena le mekgabiso ya dikerubime. E ne e ena le dikamore tse pedi, ya pele e ne e bitswa Sehalalelo mme ya bobedi e bitswa Sehalaledisiso. (Jos 18:1; Ex 25:9)—Sheba Ntlha ya B5.
Talenta.
Ke lentswe la Seheberu le neng le hlalosa boima ba dintho le boleng ba tjhelete. Boima ba talenta e kgolo e ne e le dikhilokramo tse 34,2. Talenta ya Bagerike e ne e le nyenyane. E ne e lekana le dikhilokramo tse ka bang 20,4. (1Kr 22:14; Mat 18:24)—Sheba Ntlha ya B14.
Tamuze.
(1) Ke lebitso la modimo eo basadi ba bakwenehi ba Baheberu ba neng ba mo llela Jerusalema. E ka nna yaba Tamuze e ne e le morena mme ka mora lefu la hae a etswa modimo. Dibukeng tsa Basumeria, Tamuze o bitswa Dumuzi ebile o nkwa e le monna kapa e le moratuwa wa modimotsana wa tswalo ya bitswang Inanna (Ishtar wa Babilona). (Eze 8:14) (2) Ka mora hore Baiseraele ba lokollwe botlamuweng Babilona, lentswe lena le ile la sebediswa e le lebitso la kgwedi ya bone khalendareng ya bodumedi ya Sejuda ebile e le kgwedi ya leshome khalendareng ya temo. Kgwedi ena e ne e qala mahareng a kgwedi ya June ho fihlela mahareng a kgwedi ya July.—Sheba Ntlha ya B15.
Tartarase.
Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, lentswe lena le bolela ho ba boemong bo tlase bo kang ho kwallwa teronkong. Bona ke boemo boo mangeloi a ileng a fetohela Modimo mehleng ya Noe a leng ho bona. Lengolong la 2 Petrose 2:4 lentswe lena tar·ta·roʹo (e leng ho “lahlela Tartarase”) ha le bolele hore “mangeloi a entseng sebe” a ile a lahlelwa Tartarase eo madumedi a bohata a dumelang hore ke yona (e leng teronko e tlasa lefatshe e lefifi ya medimo ya maemo a tlase). Le ha ho le jwalo, le bolela hore Modimo o ile a tlohedisa mangeloi ao mesebetsi eo a neng a e etsa yaba o a tlosa maemong ao a neng a le ho ona lehodimong. A etsa hore a be lefifing e le hore a se ke a tseba letho ka merero ya hae. Lefifi leo le boetse le bontsha hore qetellong mangeloi ao a tlo fediswa ha mmoho le mmusi wa ona, Satane Diabolose jwalo ka ha Mangolo a bontsha. Ka hoo, Tartarase e bolela boemo bo tlase boo mangeloi ao a marabele a theoletsweng ho bona. Lentswe lena ha le bolele ‘sekoti se tebileng’ seo ho buuwang ka sona ho Tshenolo 20:1-3.
Tebeletso.
Tebethe.
Ke lebitso la kgwedi ya leshome khalendareng ya bodumedi ya Sejuda ebile ke kgwedi ya bone khalendareng ya temo. Lebitso lena le ile la sebediswa ka mora hore Baiseraele ba lokollwe botlamuweng Babilona. Kgwedi ena e ne e qala mahareng a kgwedi ya December ho fihlela mahareng a kgwedi ya January. Hangata e bitswa “kgwedi ya leshome.” (Est 2:16)—Sheba Ntlha ya B15.
Tefo ya topollo.
Ke tefo e lokollang motho botlamuweng, hore a se ke a fuwa kotlo, ho mo ntsha mahlomoleng, sebeng kapa ho mo lokolla boikarabelong bo bong bo itseng. Ha se ka dinako tsohle tefo ya topollo e neng e patalwa ka tjhelete. (Esa 43:3) E ne e hlokeha maemong a fapaneng. Mohlala, matsibolo ohle a bana ba bashanyana kapa a diphoofolo a Iseraele e ne e le a Jehova mme ho ne ho hlokeha hore ho ntshwe tefo ya topollo e le hore a se ke a sebediswa ho hang tshebeletsong ya Jehova. (Nu 3:45, 46; 18:15, 16) Ha poho e kotsi e sa hlokomelwang e ka bolaya motho, monga yona o ne a lokela ho patala tefo ya topollo e le hore a lokolohe kahlolong ya lefu eo a neng a lokela ho e fuwa. (Ex 21:29, 30) Le ha ho le jwalo, tefo ya topollo ya motho ya bolaileng e mong ka boomo e ne e sa amohelwe. (Nu 35:31) Ntlha ya bohlokwa ka ho fetisisa ke hore Bibele e bua ka tefo ya topollo eo Kreste a e patetseng ka lefu la hae la sehlabelo e le hore batho bohle ba mamelang ba ka lokoloha sebeng le lefung.—Ps 49:7, 8; Mat 20:28; Ef 1:7.
Tempele.
Ke mohaho o neng o le Jerusalema o ileng wa nkela tabernakele sebaka mme ya eba moo Baiseraele ba rapelang Modimo teng. Tempele ya pele e ne e hahilwe ke Solomone mme e ile ya senngwa ke Bababilona. Ya bobedi e ile ya hahwa ke Zorobabele ka mora hore Baiseraele ba lokollwe botlamuweng Babilona. Ha morao e ile ya hahwa botjha ke Heroda e Moholo. Hangata ka Bibeleng tempele e bitswa “ntlo ya Jehova.” (Esd 1:3; 6:14, 15; 1Kr 29:1; 2Kr 2:4; Mat 24:1)—Sheba Ntlha ya B8 le ya B11.
Tente ya pokano.
Terompeta.
Ke seletsa se entsweng ka tshepe, se neng se sebedisetswa ho letsa mmino, ho hlaba mokgosi kapa ho lemosa setjhaba. Lengolong la Numere 10:2, Jehova o ile a re ho etswe diterompeta tse pedi ka silevera tse neng di letswa ha ho bitswa phutheho, ha e le nako ya ho hlomolla ditente kapa ha setjhaba se tsebiswa ka ntwa. Ho bonahala eka diterompeta tsena e ne e le tse otlolohileng, di sa tshwane le tsa “manaka” a kobehileng tse neng di entswe ka manaka a diphoofolo. Diterompeta tseo ho sa hlaloswang hore di ne di entswe jwang le tsona e ne e le tse ding tsa diletsa tsa mmino tsa tempeleng. Ho letswa ha diterompeta hangata ho ne ho tshwantshetsa ho phatlalatswa ha dikahlolo tsa Jehova kapa diketsahalo tsa bohlokwa tse tswang ho Modimo.—2Kr 29:26; Esd 3:10; 1Ko 15:52; Tshe 8:7–11:15.
Thepa e hapuweng.
Thupa e methang.
E bolelele ba ditswe tse tsheletseng. Ho ya ka setswe se tlwaelehileng, e bolelele ba dimithara tse 2,67 mme ho ya ka setswe se selelele e bolelele ba dimithara tse 3,11. (Eze 40:3, 5; Tshe 11:1)—Sheba Ntlha ya B14.
Tishri.—
Sheba ETHANIME le Ntlha ya B15.
Tomoso.
Ke ntho e kopanngwang le hlama kapa dintho tse metsi ho etsa hore di bele. Hangata ka Bibeleng e sebedisetswa ho tshwantshetsa sebe le ho bola. Hape lentswe lena le sebediswa ha ho buuwa ka ntho e holang empa e sa bonahale.—Ex 12:20; Mat 13:33; Gal 5:9.
Tsela ya Morena.
Lentswe “tsela” le sebedisitswe ka tsela ya tshwantshetso ka Bibeleng ha ho buuwa ka diketso tsa batho tse thabisang Jehova kapa tse sa mo thabiseng. Balatedi ba Jesu Kreste ba ne ba bitswa ba “Tsela ya Morena” e leng se bolelang hore ba ne ba etsa dintho ka tsela e bontshang hore ba dumela ho Jesu Kreste ebile ba latela mohlala wa hae.—Dik 19:9.
Tsenene.
Molamu o molelele o nang le motsu wa tshepe o sebediswang ke balemi ho hlaba phoofolo. Tsenene e bapiswa le mantswe a motho ya bohlale a thusang motho ya a mametseng hore a sebedise keletso eo. Ho “raha ditsenene” ke ntho e etswang ke poho e manganga e ntseng e raha tsenene hobane e sa batle ho hlajwa ka yona, le ha ho le jwalo ho etsa seo ho a e lematsa.—Dik 26:14; Bhl 3:31.
Tsoho ya bafu.
Lentswe la Segerike e leng a·naʹsta·sis le bolela “ho tsoha; ho ema.” Ka Bibeleng ho buuwa ka ditlaleho tse robong tsa batho ba ileng ba tsoswa bafung ho akareletsa le ha Jehova Modimo a ne a tsosa Jesu bafung. Le hoja batho ba bang ba ile ba tsoswa ke Elia, Elisha, Jesu, Petrose le Pauluse, mehlolo ena kaofela e ne e etswa ka matla a Modimo. Taba ya hore “Modimo o tla tsosa batho ba lokileng le ba sa lokang” mona lefatsheng, e bohlokwa haholo morerong wa hae. (Dik 24:15) Hape Bibele e bua ka batho ba tla tsosetswa ho ya phela lehodimong, tsoho eo e bitswa tsoho “ya pele.” Yona e akaretsa bana ba bo Jesu ba tlotsitsweng ka moya o halalelang.—Baf 3:11; Tshe 20:5, 6; Joh 5:28, 29; 11:25.
Tuku.
Ke lesela le neng le thatelwa hloohong. Moprista ya phahameng o ne a rwala tuku ya lesela la boleng bo botle, eo ho yona ho neng ho tlameletswe lesenke la kgauta ka kgwele e putswa. Morena o ne a rwala korone ya hae hodima tuku. Jobo o ne a sebedisa lentswe lena ka tsela ya tshwantshetso ha a ne a tshwantsha toka ya hae le tuku.—Ex 28:36, 37; Job 29:14; Eze 21:26.
Urime le Thumime.
Ke dintho tse neng di sebediswa ke moprista ya phahameng ka tsela e tshwanang le eo lotho e neng e sebediswa ka yona. O ne a di sebedisa ha a batla ho tseba hore na Jehova o batla hore setjhaba se etse dintho jwang. Urime le Thumime di ne di kenngwa ka mokotleng wa sefuba wa moprista ya phahameng ha a kena ka tabernakeleng. Ho bonahala eka ha di a ka tsa hlola di sebediswa ha Bababilona ba ne ba fedisa Jerusalema.—Ex 28:30; Ne 7:65.
N
O
P
Q
R
S
T
U
Y
Ya kgopo.
Z
Zeuse.
Ke modimo e moholo wa bohetene wa Bagerike. Ha Barnabase a ne a le Listra, batho ba ne ba nahana hore ke Zeuse. Mengolo ya kgale e fatilweng e fumanweng haufi le Listra e bua ka “baprista ba Zeuse” le “Zeuse modimo wa letsatsi.” Sekepe seo Pauluse a neng a tsamaya ka sona ha a tloha sehlekehlekeng sa Malta, se ne se ena le letshwao le reng “Bara ba Zeuse” e leng Castor le Pollux bao e neng e le mafahla.—Dik 14:12; 28:11.
Zive.
Ke lebitso la mehleng ya kgale la kgwedi ya bobedi khalendareng ya bodumedi ya Sejuda ebile ke kgwedi ya borobedi khalendareng ya temo. E ne e qala mahareng a kgwedi ya April ho fihlela mahareng a kgwedi ya May. E bitswa Iyyar bukeng ya Talmud ya Melao ya Bajuda le dibukeng tse ding tse ileng tsa ngolwa ka mora hore Baiseraele ba lokollwe botlamuweng Babilona. (1Ma 6:37)—Sheba Ntlha ya B15.