Esaia
8 Jehova a re ho ’na: “Inkele letlapa+ le leholo ’me u ngole ‘Mahere-shalale-hashe-baze’ holim ’a lona ka pene ea motho ea shoang. 2 A nke ke be le bopaki+ ba lipaki+ tse tšepahalang, moprista+ Uria le Zakaria mora oa Jeberekia.”
3 Joale ka atamela moprofeta oa mosali, a ima ’me ka mor’a nako a tsoala mora.+ Joale Jehova a re ho ’na: “Mo rehe lebitso la Mahere-shalale-hashe-baze, 4 etsoe pele moshanyana eo a tseba ho re,+ ‘Ntate!’ le ‘’Mè!’ e mong o tla isa maruo a Damaseka le thepa e hapuoeng Samaria ka pel’a morena oa Assyria.”+
5 Jehova a boela a bua le ’na, a re: 6 “Ka lebaka la hore batho bana ba hanne+ metsi a Siloe+ a phallang butle, ’me ho na le thabo+ e khaphatsehang bakeng sa Rezine le mora oa Remalia;+ 7 ka hona, bonang! Jehova o tlisa khahlanong le bona+ metsi a matla le a mangata a Nōka,+ morena oa Assyria+ le khanya eohle ea hae.+ Ka sebele o tla nyolohela likotopong tsohle tsa hae le holim ’a mabōpo ’ohle a hae 8 ’me a fetele pele Juda. O tla phalla ’me a fete.+ O tla fihla molaleng.+ Mapheo+ a hae a phukalalitsoeng a tla tlala bophara ba naha ea hao, Uena Emanuele!”+
9 E-bang kotsi, Lōna lichaba, ’me le robakanngoe; mamelang, lōna bohle ba likarolong tse hōle tsa lefatše!+ Itlameng,+ ’me le robakanngoe!+ Itlameng, ’me le robakanngoe! 10 Etsang morero, ’me o tla senngoa!+ Buang lentsoe leha e le lefe, ’me le ke ke la ema, etsoe Molimo o na le rōna!+ 11 Etsoe sena ke seo Jehova a mpoleletseng sona ka letsoho le matla, e le hore a ka nkhelosa hore ke se ke ka tsamaea tseleng ea batho bana, a re: 12 “Le se ke la re, ‘Morero oa bolotsana!’ mabapi le sohle seo batho bana ba se buang, le se ke la tšaba ‘Morero oa bolotsana!’+ ’me ntho eo ba e tšabang le se ke la e tšaba, kapa la thothometsoa ke eona.+ 13 Jehova oa mabotho—ke Eena eo le lokelang ho mo nka e le ea halalelang,+ ’me ke eena eo le lokelang ho mo tšaba,+ ke eena Ea lokelang ho etsa hore le thothomele.”+
14 O tla ba joaloka sebaka+ se halalelang; empa ho matlo a Iseraele ka bobeli o tla ba joaloka lejoe le khopang le joaloka lefika le khopang,+ ho baahi ba Jerusalema a be joaloka sefi le joaloka leraba.+ 15 Ka sebele ba bangata ho bona ba tla khoptjoa ’me ba oe ’me ba robehe, ’me ba oele lerabeng ba tšoasoe.+
16 Phuthelang bopaki,+ behang tiiso molaong har’a barutuoa ba ka!+ 17 Ke tla lebella Jehova,+ ea patelang ba ntlo ea Jakobo sefahleho sa hae,+ ’me ke tla mo tšepa.+
18 Bonang! ’Na le bana bao Jehova a mphileng bona+ re joaloka lipontšo+ le joaloka mehlolo Iseraele e tsoang ho Jehova oa mabotho, ea lulang Thabeng ea Sione.+
19 Haeba ba ka re ho lōna: “Botsang ba buisanang+ le meea kapa ba nang le moea oa ho bolela lintho esale pele ba llang+ joaloka nonyana ba buang ka mantsoe a tlaase,” na batho leha e le bafe ha baa lokela ho botsa Molimo oa bona?+ [Na ho tla botsoa] batho ba shoeleng molemong oa batho ba phelang?+ 20 Molaong le bopaking!+
Ka sebele ba tla ’ne ba bue se malebana le polelo+ ena se ke keng sa e-ba le khanya ea mafube.+ 21 Ka sebele e mong le e mong o tla feta naheng a le tsietsing ’me a lapile;+ kahobane a lapile ’me a ikentse hore a ikutloe a halefile, o tla rohaka morena oa hae le Molimo+ oa hae ’me ka sebele a talime holimo. 22 O tla talima lefatšeng, ’me, bonang! mahlomola le lefifi,+ ho fifala, linako tse thata le botšo bo se nang khanya.+