Esaia
9 Leha ho le joalo, ho fifala ho ke ke ha tšoana le ha naha e ne e le khatellong, joaloka pele ha motho a ne a eisa naha ea Zabulone le naha ea Nefthali+ le ha a ne a etsa hore e hlomphuoe hamorao+—tseleng e leoatleng, sebakeng sa Jordane, Galilea ea lichaba.+ 2 Batho ba neng ba tsamaea lefifing ba bone leseli le leholo.+ Ha e le ba lulang naheng ea moriti+ o lefifi, ba chabetsoe ke leseli.+ 3 U entse hore sechaba se be le baahi ba bangata;+ u entse hore se thabe haholo.+ Ba thabile ka pel’a hao joalokaha ho thajoa nakong ea kotulo,+ joaloka ba thabileng ha ba arola thepa e hapuoeng.+
4 Etsoe joko ea mojaro+ oa bona le molamu o mahetleng a bona, lere la ea ba qobellang ho sebetsa,+ u li robile likoto joaloka letsatsing la Midiane.+ 5 Etsoe khohlopo e ’ngoe le e ’ngoe ea ea hatakelang+ ka mokhoa o thothometsang le seaparo sa ka holimo se pitikisitsoeng maling li chesitsoe joaloka lijo tsa mollo.+ 6 Etsoe re tsoaletsoe ngoana,+ re filoe mora;+ ’me puso ea bohosana e tla ba lehetleng la hae.+ O tla rehoa lebitso la Moeletsi ea Hlollang,+ Molimo ea Matla,+ Ntate oa ka ho sa Feleng,+ Khosana ea Khotso.+ 7 Ho ke ke ha e-ba le bofelo+ bongateng ba puso ea bohosana+ le khotso, teroneng ea Davida+ le ’musong oa hae e le ho o tiisa ka thata+ le ho o tšehetsa ka toka+ le ka ho loka,+ ho tloha joale ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Cheseho ea Jehova oa mabotho e tla etsa sena.+
8 Jehova o ile a romela lentsoe khahlanong le Jakobo, ’me la oela ho Iseraele.+ 9 Ka sebele batho ba tla le tseba,+ kaofela ha bona, Efraime le moahi oa Samaria,+ ka lebaka la boikhohomoso ba bona le ka lebaka la lipelo tsa bona tse nyelisang ka ho re:+ 10 “Litene li oele, empa re tla haha ka majoe a betliloeng.+ Lifate tsa sikamora+ li remiloe, empa re tla beha likedare sebakeng sa tsona.” 11 Jehova o tla beha bahanyetsi ba Rezine phahameng khahlanong le eena, ’me o tla khanna lira tsa hae,+ 12 Syria ka bochabela+ le Bafilista ka morao,+ ’me ba tla ja Iseraele ka melomo e ahlameng.+ Ka lebaka la sena sohle bohale ba hae ha boa khutla, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.+
13 Batho ha baa khutlela ho Ea ba otlang,+ ’me ha baa batla Jehova oa mabotho.+ 14 Jehova o tla khaola hlooho+ le mohatla+ Iseraele, letlōbō le loli, ka letsatsi le le leng.+ 15 Ea hōlileng le ea hlomphehang haholo ke hlooho,+ ’me moprofeta ea fanang ka thupelo ea bohata ke mohatla.+ 16 Ba tsamaisang batho bana ke bona ba etsang hore ba hlahlathele;+ ’me ba tsamaisoang, ke bona ba ntseng ba ferekanngoa.+ 17 Ke ka lebaka leo Jehova a ke keng a thabela bahlankana ba bona,+ ’me a ke ke a hauhela bashanyana ba bona ba se nang bo-ntate le bahlolohali ba bona; hobane kaofela ha bona ke bakoenehi+ le baetsi ba bobe ’me molomo o mong le o mong o bua ka ho se be le kelello. Ka lebaka la sena sohle bohale ba hae ha boa khutla, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.+
18 Etsoe bokhopo bo tuka joaloka mollo;+ bo tla qeta lihlahla tse meutloa le litlama-tlama.+ Bo tla tuka moferong oa moru,+ ’me o tla nyoloha joaloka topallo ea mosi.+ 19 Naha e chesitsoe khalefong ea Jehova oa mabotho, ’me batho ba tla ba joaloka lijo tsa mollo.+ Ha ho ea tla hauhela esita le mor’abo.+ 20 Motho o tla seha ka ho le letona ’me ka sebele a lape; motho o tla ja ka ho le letšehali, ’me ka sebele ba ke ke ba khora.+ E mong le e mong o tla ja nama ea letsoho la hae,+ 21 Manase a je Efraime, le Efraime a je Manase. Ba tla loantša Juda ba le hammoho.+ Ka lebaka la sena sohle bohale ba hae ha boa khutla, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.+