6 “‘Ha e le moea o retelehelang ho ba buisanang le meea+ le litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele+ hoo o bang le likamano tse litšila le bona, ka sebele ke tla tjamela moea oo ’me ke o felise har’a batho ba habo oona.+
11 kapa ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi+ kapa leha e le mang ea batlang keletso ho ea buisanang le meea+ kapa setsebi se bolelang liketsahalo esale pele+ kapa leha e le mang ea botsang bafu.+
7 Qetellong Saule a re ho bahlanka ba hae: “Mpatleleng mosali eo e leng nkhekhe ea ho buisana le meea,+ ’me ke tla ea ho eena ke batle keletso ho eena.” Joale bahlanka ba hae ba re ho eena: “Bona! Ho na le mosali eo e leng nkhekhe ea ho buisana le meea Ene-dore.”+
13 Kahoo Saule a shoa ka lebaka la ho se tšepahale+ ha hae hoo ka hona a neng a itšoere ka ho hloka tumelo khahlanong le Jehova malebana le lentsoe la Jehova leo a neng a sa ka a le boloka le ka lebaka la ho kōpa ea buisanang le meea+ hore a e botse.
6 A fetisa bara ba hae mollong+ phuleng ea mora oa Hinome,+ ’me a sebelisa boselamose+ le ho sebelisa bonohe+ le ho sebelisa boloi+ ’me a etsa hore ho be le ba buisanang+ le meea le litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele.+ A etsa se sebe mahlong a Jehova ka tekanyo e khōlō, ho mo siteloa.+
19 Haeba ba ka re ho lōna: “Botsang ba buisanang+ le meea kapa ba nang le moea oa ho bolela lintho esale pele ba llang+ joaloka nonyana ba buang ka mantsoe a tlaase,” na batho leha e le bafe ha baa lokela ho botsa Molimo oa bona?+ [Na ho tla botsoa] batho ba shoeleng molemong oa batho ba phelang?+
8 Empa ha e le makoala le ba se nang tumelo+ le ba nyonyehang litšileng+ tsa bona le babolai+ le lihlola+ le ba sebelisanang le meea le barapeli ba litšoantšo+ le bohle ba leshano,+ kabelo ea bona e tla ba ka letšeng le tukang mollo+ le sebabole.+ Sena se bolela lefu la bobeli.”+