Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 20:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 “U tla re ho bara ba Iseraele, ‘Motho leha e le ofe oa bara ba Iseraele, le mojaki leha e le ofe ea lulang e le mojaki Iseraele, ea fanang ka leha e le ofe oa bana ba hae ho Moloke,+ ruri o lokela ho bolaoa. Batho ba naha ba lokela ho mo tlepetsa ka majoe ho fihlela a shoa.

  • Deuteronoma 18:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Ho lōna ha hoa lokela hore ho fumanoe leha e le mang ea fetisang mora oa hae kapa morali oa hae mollong,+ leha e le mang ea sebelisang bonohe,+ ea sebelisang boselamose+ kapa leha e le mang ea batlang lipontšo+ tsa se tlang kapa moloi,+

  • 2 Marena 23:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 A etsa hore Tofethe,+ e phuleng ea bara ba Hinome,+ e be e sa tšoaneleng borapeli, e le hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea fetisang mora oa hae kapa morali oa hae mollong+ ho Moloke.+

  • 2 Likronike 28:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 A etsa mosi+ oa sehlabelo phuleng ea mora oa Hinome+ ’me a chesa bara+ ba hae mollong, ho ea ka lintho tse manyala+ tsa lichaba tseo Jehova a neng a li lelekile ka pel’a bara ba Iseraele.+

  • 2 Likronike 33:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 A fetisa bara ba hae mollong+ phuleng ea mora oa Hinome,+ ’me a sebelisa boselamose+ le ho sebelisa bonohe+ le ho sebelisa boloi+ ’me a etsa hore ho be le ba buisanang+ le meea le litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele.+ A etsa se sebe mahlong a Jehova ka tekanyo e khōlō, ho mo siteloa.+

  • Pesaleme 106:37
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 37 Ba ne ba hlabela bademona bara ba bona+

      Le barali ba bona.+

  • Esaia 57:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 ba tsosang takatso e matla har’a lifate tse khōlō,+ tlas’a sefate se seng le se seng se behang haholo,+ ba bolaeang bana liphuleng tsa molapo o phoroselang tlas’a mafaru a mafika?+

  • Jeremia 7:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 Ba hahile libaka tse phahameng tsa Tofethe,+ e phuleng ea bara ba Hinome,+ e le hore ba chese bara ba bona le barali ba bona mollong,+ e leng ntho eo ke neng ke sa ka ka e laela le e neng e sa ka ea hlaha pelong ea ka.’+

  • Ezekiele 16:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 “‘Ua nka bara ba hao le barali ba hao bao u ntsoaletseng bona,+ ua ba etsa sehlabelo bakeng sa tsona hore li ba harole+—na liketso tsa hao tsa botekatse ha lia lekana?

  • Ezekiele 23:37
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 37 Etsoe ba febile+ ’me matsoho a bona a na le mali,+ ba febile ka litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang.+ Ntle ho moo, bara ba bona bao ba ntsoaletseng bona ba ba fetiselitse ho tsona mollong e le lijo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela