La Pele ho Bakorinthe
1 Pauluse, ea bitselitsoeng ho ba moapostola+ oa Jesu Kreste ka thato ea Molimo,+ le mor’abo rōna Sosthene+ 2 ho phutheho ea Molimo e Korinthe,+ ho lōna ba halalelitsoeng+ bonngoeng le Kreste Jesu, ba bitselitsoeng ho ba bahalaleli,+ hammoho le bohle bao hohle ba ipiletsang lebitsong+ la Morena oa rōna, Jesu Kreste, Morena oa bona le oa rōna:+
3 E se eka le ka ba le mosa o sa tšoanelang+ le khotso+ e tsoang ho Molimo Ntate le Morena Jesu Kreste.+
4 Kamehla ke leboha Molimo bakeng sa lōna ka lebaka la mosa o sa tšoanelang+ oa Molimo oo le ileng la o fuoa ho Kreste Jesu;+ 5 hore nthong e ’ngoe le e ’ngoe le ruisitsoe+ ho eena, ka bokhoni bo feletseng ba ho bua le ka tsebo+ e feletseng, 6 esita le joalokaha bopaki bo mabapi le Kreste+ bo tiisitsoe har’a lōna, 7 e le hore ho hang le se ke la haelloa mphong+ leha e le efe, ha ka tabatabelo le ntse le letetse tšenolo+ ea Morena oa rōna Jesu Kreste. 8 Hape o tla le tiisa+ ho isa bofelong, e le hore le ka ba ba ke keng ba qosoa+ ka letsatsi+ la Morena oa rōna Jesu Kreste.+ 9 Molimo oa tšepahala,+ ea ileng a le bitsetsa hore le be le kabelo+ le Mora oa hae Jesu Kreste Morena oa rōna.
10 Joale kea le eletsa,+ barab’eso, ka lebitso+ la Morena oa rōna Jesu Kreste hore kaofela le bue ka tumellano,+ le hore ho se ke ha e-ba le likarohano+ har’a lōna, empa hore le kopane ka ho loketseng kelellong e tšoanang le mokhoeng o tšoanang oa ho nahana.+ 11 Etsoe ke ile ka senoleloa+ mabapi le lōna, barab’eso, ke ba ntlo ea Kloe, hore ho hloka kutloano ho teng har’a lōna. 12 Seo ke se bolelang ke sena, hore e mong le e mong oa lōna o re: “’Na ke oa Pauluse,” “Empa ’na ke oa Apolose,”+ “Empa ’na ke oa Kefase,” “Empa ’na ke oa Kreste.” 13 Kreste o arohane.+ Pauluse ha aa ka a khokhothelleloa lōna thupeng, na ha ho joalo? Kapa na le ile la kolobetsoa+ ka lebitso la Pauluse? 14 Ke leboha hore ebe ha kea ka ka kolobetsa le ea mong oa lōna haese Krispase+ le Gaiase,+ 15 e le hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea ka reng le ile la kolobetsoa ka lebitso la ka. 16 E, hape ke ile ka kolobetsa ba ntlo ea Setefanase.+ Ha e le ba bang kaofela, ha ke tsebe hore na ebe ke ile ka kolobetsa motho leha e le mang e mong. 17 Kaha Kreste ha aa ka a nthoma+ hore ke tsamaee ke kolobetsa, empa o nthomile hore ke tsamaee ke bolela litaba tse molemo, eseng ka puo e bohlale,+ e le hore thupa ea tlhokofatso ea Kreste e se ke ea etsoa e se nang thuso.
18 Etsoe puo e mabapi le thupa ea tlhokofatso ke booatla+ ho ba timelang,+ empa ho rōna ba ntseng ba pholosoa,+ ke matla a Molimo.+ 19 Kaha ho ngoliloe: “Ke tla timetsa bohlale ba banna ba bohlale,+ ’me ke tla qhelela ka thōko+ ho ba le kelello ha banna ba nang le kelello.”+ 20 Monna ea bohlale o kae? Mongoli+ o kae? Mopheha-khang+ oa tsamaiso ee ea lintho+ o kae? Na Molimo ha aa ka a etsa bohlale ba lefatše lee booatla?+ 21 Etsoe kaha, bohlaleng ba Molimo, lefatše bohlaleng+ ba lona ha lea ka la tseba Molimo,+ Molimo o ile a bona ho le molemo ka booatla+ ba se boleloang ho pholosa ba lumelang.
22 Etsoe Bajuda ba kōpa lipontšo+ ’me Bagerike ba batla bohlale;+ 23 empa re bolela Kreste ea ileng a khokhotheloa thupeng,+ ho Bajuda ke sesosa sa ho khoptjoa+ empa ho lichaba ke booatla;+ 24 leha ho le joalo, ho ba bitsitsoeng, Bajuda le Bagerike, Kreste ke matla+ a Molimo le bohlale+ ba Molimo. 25 Hobane ntho e booatla ea Molimo e bohlale ho feta batho, ’me ntho e fokolang ea Molimo e matla ho feta batho.+
26 Etsoe le bona ho le bitsa ha hae, barab’eso, hore hase ba bangata ba bohlale+ ka tsela ea nama ba ileng ba bitsoa,+ hase ba bangata ba matla,+ hase ba bangata ba tsoalo ea borena; 27 empa Molimo o ile a khetha lintho tse booatla tsa lefatše,+ e le hore a ka hlabisa banna ba bohlale lihlong; Molimo o ile a khetha lintho tse fokolang tsa lefatše, e le hore a ka hlabisa lintho tse matla lihlong;+ 28 Molimo o ile a khetha lintho tse eisehang tsa lefatše le lintho tse shebeloang tlaase, lintho tse sieo,+ e le hore a ka etsa lintho tse teng lefeela,+ 29 e le hore ho se ke ha e-ba le nama e ka ithorisang+ mahlong a Molimo. 30 Empa ke ka lebaka la hae le leng bonngoeng le Kreste Jesu, eo ho rōna a fetohileng bohlale+ bo tsoang ho Molimo, le ho loka+ le khalaletso+ le tokollo ka thekollo;+ 31 e le hore ho ka ba feela joalokaha ho ngoliloe: “Ea ithorisang, a ke a ithorise ka Jehova.”+
2 Kahoo le ’na, ha ke tla ho lōna, barab’eso, ha kea ka ka tla ka puo+ kapa bohlale bo feteletseng ke le bolella sephiri se halalelang+ sa Molimo. 2 Etsoe ke ile ka etsa qeto ea ho se tsebe letho har’a lōna haese Jesu Kreste,+ le eena e le ea ileng a khokhotheloa thupeng. 3 Ke ile ka tla ho lōna ka bofokoli le ka tšabo le ka thothomelo e khōlō;+ 4 ’me puo ea ka le seo ke ileng ka se bolela e ne e se ka mantsoe a susumetsang a bohlale empa ka bopaki ba moea le matla,+ 5 e le hore tumelo ea lōna e se ke ea e-ba bohlaleng ba batho,+ empa e be matleng a Molimo.+
6 Joale re bua bohlale har’a ba hōlileng ka ho feletseng,+ empa eseng bohlale+ ba tsamaiso ena ea lintho kapa ba babusi ba tsamaiso ena ea lintho,+ bao e tla ba lefeela.+ 7 Empa re bua bohlale ba Molimo sephiring se halalelang,+ bohlale bo patiloeng, boo Molimo a ileng a bo khetha esale pele pele ho litsamaiso+ tsa lintho bakeng sa khanya ea rōna. 8 Bohlale bona ha ho le ea mong oa babusi+ ba tsamaiso ena ea lintho ea bo tsebang,+ etsoe haeba ba ne ba bo tsebile ba ka be ba sa ka ba khokhothela thupeng+ Morena ea khanyang. 9 Empa feela joalokaha ho ngoliloe: “Leihlo ha lea bona le tsebe ha ea utloa, leha e le hore ho simolohile ka pelong ea motho lintho tseo Molimo a li lokiselitseng ba mo ratang.”+ 10 Etsoe Molimo o re senoletse+ tsona ka moea oa hae,+ kaha moea+ o batla ka hare ho lintho tsohle, esita le lintho tse tebileng+ tsa Molimo.
11 Etsoe ke mang har’a batho ea tsebang lintho tsa motho haese moea+ oa motho o ho eena? Kahoo, hape, ha ho ea tsebang lintho tsa Molimo, haese moea+ oa Molimo. 12 Joale ha rea ka ra amohela moea+ oa lefatše, empa re amohetse moea+ o tsoang ho Molimo, e le hore re ka tseba lintho tseo re li filoeng ka mosa ke Molimo.+ 13 Lintho tsena re boetse rea li bua, eseng ka mantsoe a rutoang ka bohlale+ ba motho, empa ka a rutoang ka moea,+ ha re kopanya litaba tsa moea le mantsoe a moea.+
14 Empa motho oa nama ha a amohele lintho tsa moea oa Molimo, etsoe ke booatla ho eena; ’me a ke ke a li tseba,+ hobane li hlahlojoa ka tsela ea moea. 15 Leha ho le joalo, motho oa moea+ o hlahloba lintho tsohle, empa eena ha a hlahlojoe+ ke motho leha e le ofe. 16 Etsoe “ke mang ea tsebang kelello ea Jehova,+ e le hore a ka mo ruta?”+ Empa re fela re e-na le kelello+ ea Kreste.
3 Kahoo, barab’eso, ha kea ka ka khona ho bua le lōna joalokaha ke bua le batho+ ba moea, empa joalokaha ke bua le batho ba nama, joalokaha ke bua le bana+ ho Kreste. 2 Ke ile ka le fepa lebese, eseng se jeoang,+ kaha le ne le e-s’o be matla ka ho lekaneng. Ha e le hantle, ha le matla ka ho lekaneng hona joale,+ 3 kaha le sa ntse le le ba nama.+ Etsoe ha poulelo le ho qabana li le teng har’a lōna,+ na ha le ba nama ’me na ha le tsamaee joalokaha batho ba tsamaea?+ 4 Etsoe ha e mong a re: “’Na ke oa Pauluse,” empa e mong a re: “’Na ke oa Apolose,”+ na ha le batho feela?
5 Joale, Apolose+ ke’ng? E, Pauluse ke’ng? Ke basebeletsi+ bao ka bona le ileng la ba balumeli, esita le joalokaha Morena a ile a neha e mong le e mong. 6 Ke ile ka lema,+ Apolose a nosetsa,+ empa Molimo a ’na a hōlisa;+ 7 e leng hore ea lemang hase letho+ kapa ea nosetsang, haese Molimo ea hōlisang.+ 8 Joale ea lemang le ea nosetsang ke ntho e le ’ngoe,+ empa motho e mong le e mong o tla amohela moputso oa hae ho ea ka mosebetsi+ oa hae. 9 Etsoe re basebetsi-’moho+ le Molimo. Lōna le tšimo ea Molimo e lengoang,+ mohaho oa Molimo.+
10 Ho ea ka mosa o sa tšoanelang+ oa Molimo oo ke ileng ka o fuoa, joaloka motsamaisi ea bohlale oa mesebetsi ke ile ka beha motheo,+ empa e mong osele o haha holim ’a oona. Empa e mong le e mong a ke a lule a lebetse hore na o haha joang holim ’a oona.+ 11 Etsoe ha ho motho ea ka behang motheo+ leha e le ofe o mong ho feta se behiloeng, e leng Jesu Kreste.+ 12 Joale haeba leha e le mang a haha holim ’a motheo oo ka khauta, silevera, majoe a bohlokoa, thepa ea lehong, furu, litlhaka, 13 mosebetsi oa e mong le e mong o tla bonahala, etsoe letsatsi le tla o bonahatsa, hobane o tla senoloa ka mollo;+ ’me mollo o tla paka hore na mosebetsi oa e mong le e mong ke oa mofuta ofe. 14 Haeba mosebetsi oo mang kapa mang a o hahileng holim ’a oona o sala,+ o tla amohela moputso;+ 15 haeba mosebetsi oa mang kapa mang o cha, o tla lahleheloa, empa eena o tla pholoha;+ empa, haeba ho le joalo, e tla ba joalokaha eka ke ka ho feta mollong.+
16 Na ha le tsebe hore le tempele+ ea Molimo, le hore moea oa Molimo o lula ho lōna?+ 17 Haeba mang kapa mang a felisa tempele ea Molimo, Molimo o tla mo felisa;+ etsoe tempele ea Molimo ea halalela,+ tempele+ eo ke lōna.+
18 Ho se ke ha e-ba le ea ithetsang: Haeba leha e le mang har’a lōna a nahana hore o bohlale+ tsamaisong ena ea lintho, e ke e be leoatla, e le hore a ka ba bohlale.+ 19 Etsoe bohlale ba lefatše lena ke booatla ho Molimo;+ kaha ho ngoliloe: “O tšoasa ba bohlale manong a bona.”+ 20 Hape: “Jehova oa tseba hore menahano ea batho ba bohlale ke lefeela.”+ 21 Kahoo ho se ke ha e-ba le ea ithorisang ka batho; etsoe lintho tsohle ke tsa lōna,+ 22 ebang ke Pauluse kapa Apolose+ kapa Kefase kapa lefatše kapa bophelo kapa lefu kapa lintho tse teng hona joale kapa lintho tse tlang ho tla,+ lintho tsohle ke tsa lōna; 23 lōna le ba Kreste;+ Kreste, eena, ke oa Molimo.+
4 Motho a ke a re lekanye re le ba leng ka tlaasana+ ho Kreste le batsamaisi+ ba liphiri tse halalelang+ tsa Molimo. 2 Ntle ho moo, tabeng ena, se batloang ho batsamaisi+ ke hore motho a fumanoe a tšepahala.+ 3 Joale ho ’na ke taba e sa reng letho ho hang hore ke hlahlojoe ke lōna kapa ke lekhotla la toka la batho.+ Esita le ’na ha ke itlhahlobe. 4 Etsoe ha ke ele ntho leha e le efe hloko+ khahlanong le ’na. Empa leha ho le joalo ka sena ha ke pakoe hore ke lokile, empa ea ntlhahlobang ke Jehova.+ 5 Kahoo le se ke la ahlola+ letho pele ho nako e loketseng, ho fihlela Morena a fihla,+ ea tla tlisa lintho tsa sephiri tsa lefifi leseling+ ’me a bonahatse merero ea lipelo,+ ’me joale e mong le e mong o tla fumana thoriso ea hae e tlang ho eena e tsoa ho Molimo.+
6 Joale, barab’eso, lintho tsena ke li fetotse e le hore li sebetse ho ’na le Apolose+ molemong oa lōna, hore tabeng ea rōna le ka ithuta molao ona: “Le se ke la fetela ka nģ’ane ho lintho tse ngoliloeng,”+ e le hore le se ke la ikhohomosa+ ka bomong ho emela e mong khahlanong le e mong.+ 7 Etsoe ke mang ea etsang hore u se ke ua tšoana+ le e mong? Ka sebele, u na le eng eo u sa kang ua e amohela?+ Joale, haeba ka sebele u ile ua e amohela,+ ke hobane’ng ha u ithorisa+ joalokaha eka ha ua ka ua e amohela?
8 Le se le khotsofetse, na ha ho joalo? Le se le ruile, na ha ho joalo?+ Le qalile ho busa le le marena+ ntle ho rōna, na ha ho joalo? Ka sebele ke lakatsa eka le ka be le qalile ho busa le le marena, e le hore le rōna re ka busa le lōna re le marena.+ 9 Etsoe ho ’na ho bonahala Molimo a behile rōna baapostola qetellong pontšong+ re le banna ba khethetsoeng lefu,+ hobane re fetohile sebonoang ka lebaleng la liketsahalo+ ho lefatše, le ho mangeloi,+ le ho batho.+ 10 Re maoatla+ ka lebaka la Kreste, empa lōna le masene+ ho Kreste; rea fokola,+ empa lōna le matla;+ lōna le botumong+ bo botle, empa rōna re tlhomphollong.+ 11 Ho fihlela ka hora eona ena re tsoela pele ho lapa+ le ho nyoroa+ le ho apara ka mokhoa o fokolang+ le ho hlekefetsoa+ le ho hloka mahae+ 12 le ho sehla,+ re sebetsa ka matsoho a rōna.+ Ha re ntse re hlapaoloa, rea hlohonolofatsa;+ ha re ntse re hlorisoa, rea mamella;+ 13 ha re ntse re nyelisoa, re kōpa ka tieo;+ re fetohile ba tšoanang le lithōle tsa lefatše, lilahloa tsa lintho tsohle, ho fihlela joale.+
14 Ke ngola lintho tsena, eseng ho le hlabisa lihlong, empa ho le eletsa joaloka bana ba ka ba ratoang.+ 15 Etsoe le hoja le ka ba le batataisi+ ba likete tse leshome ho Kreste, ka sebele ha le na bo-ntate+ ba bangata; kaha ho Kreste Jesu ke bile ntat’a lōna ka litaba tse molemo.+ 16 Ka hona, ke le kōpa ka tieo, e-bang baetsisi ba ka.+ 17 Ke ka lebaka leo ke romelang Timothea ho lōna,+ kaha ke ngoana+ oa ka ea ratoang le ea tšepahalang Moreneng; o tla le hopotsa mekhoa ea ka mabapi le Kreste Jesu,+ feela joalokaha ke ruta hohle phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe.
18 Ba bang ba ikhohomositse+ joalokaha eka ha e le hantle ke ne ke sa tle ho lōna. 19 Empa ke tla tla ho lōna haufinyane, haeba Jehova a rata,+ ’me nke ke ka tseba puo ea ba ikhohomosang, empa ke tla tseba matla a bona. 20 Etsoe ’muso oa Molimo ha o puong, empa o matleng.+ 21 Le batla’ng? Ke tle ho lōna ka molamu,+ kapa ka lerato le moea o bonolo?+
5 Ha e le hantle bohlola+ bo tlalehoa har’a lōna, ’me bohlola bo joalo e se bo teng leha e le har’a lichaba, hore monna ea itseng o na le mosali oa ntat’ae.+ 2 Na le ikhohomositse,+ ’me na ho e-na le hoo ha lea ka la siama,+ e le hore motho ea entseng ketso ena a ka tlosoa har’a lōna?+ 3 Ka mohlala, le hoja ke le sieo ka ’mele empa ke le teng ka moea, ka sebele ke se ke ahlotse+ motho ea sebelitseng ka tsela e joaloka ena, joalokaha eka ke ne ke le teng, 4 hore ka lebitso la Morena oa rōna Jesu, ha le bokane, le moea oa ka o le teng ka matla a Morena oa rōna Jesu,+ 5 le nehelane ka motho ea joalo ho Satane+ hore ho timetsoe nama, e le hore moea+ o ka pholoha ka letsatsi la Morena.+
6 Lebaka la lōna la ho ithorisa+ ha le letle. Na ha le tsebe hore tomoso e nyenyane e belisa+ hlama+ kaofela? 7 Tlosang tomoso ea khale, e le hore le ka ba hlama e ncha,+ ho ea kamoo le lokolohileng tomosong. Etsoe, ka sebele, Kreste+ paseka+ ea rōna o entsoe sehlabelo.+ 8 Ka lebaka leo a re bolokeng mokete+ ona, eseng ka tomoso ea khale,+ kapa ka tomoso+ ea bobe le bokhopo,+ empa ka mahobe a sa lomosoang a botšepehi le ’nete.+
9 Lengolong la ka ke ile ka le ngolla hore le khaotse ho itsoakanya hammoho le lihlola, 10 ke sa bolele ka ho feletseng lihlola+ tsa lefatše+ lena kapa batho ba meharo le bahanyapetsi kapa barapeli ba litšoantšo. Ho seng joalo, le ne le tla lokela ho tsoa lefatšeng.+ 11 Empa joale ke le ngolla hore le khaotse ho itsoakanya hammoho+ le mang kapa mang ea bitsoang mor’abo rōna eo e leng sehlola kapa motho ea meharo+ kapa morapeli oa litšoantšo kapa ea litlhapa kapa letahoa+ kapa mohanyapetsi, esita le ho ja le se ke la ja le motho ea joalo. 12 Etsoe ke na le taba efe le ho ahlola ba ka ntle?+ Na ha le ahlole ba ka hare,+ 13 ha Molimo a ahlola ba ka ntle?+ “Tlosang motho eo ea khopo har’a lōna.”+
6 Na leha e le mang oa lōna ea nang le nyeoe+ khahlanong le e mong o iteta sefuba ho ea khotla ka pel’a batho ba sa lokang,+ eseng ka pel’a bahalaleli?+ 2 Kapa na ha le tsebe hore bahalaleli ba tla ahlola+ lefatše?+ Haeba le tla ahlola lefatše, na ha le tšoanelehe ho ahlola litaba tse sa reng letho+ ho hang? 3 Na ha le tsebe hore re tla ahlola mangeloi?+ Joale, ke hobane’ng ha re sa ahlole litaba tsa bophelo boo? 4 Joale, haeba le e-na le litaba tsa bophelo bona tse lokelang ho ahloloa,+ na ke banna ba shebeloang tlaase ka phuthehong bao le ba behang hore e be baahloli?+ 5 Ke bua ho le susumelletsa hore le hlajoe ke lihlong.+ Na ke ’nete hore ha ho monna le ea mong ea bohlale+ har’a lōna ea tla khona ho ahlola pakeng tsa barab’abo, 6 empa mor’abo motho o isa mor’abo khotla, le hona ka pel’a ba sa lumelang?+
7 Joale, ka sebele, ho bolela ho hlōleha ka ho feletseng bakeng sa lōna hore ebe lea qosana.+ Ho e-na le hoo ke hobane’ng ha le sa itlohelle hore le fosetsoe?+ Ho e-na le hoo ke hobane’ng ha le sa itlohelle hore le etsetsoe bolotsana?+ 8 Ho fapana le hoo, lea fosa ’me le etsa bolotsana, le hona e le ho barab’abo lōna.+
9 Khele! Na ha le tsebe hore batho ba sa lokang ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo?+ Le se ke la khelosoa. Leha e le lihlola,+ kapa barapeli ba litšoantšo,+ kapa bafebi,+ kapa banna ba boloketsoeng merero eo e seng ea tlhaho,+ kapa banna ba robalang le banna,+ 10 kapa masholu, kapa batho ba meharo,+ kapa matahoa,+ kapa ba litlhapa, kapa bahanyapetsi ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.+ 11 Leha ho le joalo ke seo ba bang ba lōna ba neng ba le sona.+ Empa le hlatsoitsoe hore le hloeke,+ empa le halalelitsoe,+ empa ho boletsoe hore le lokile+ ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste+ le ka moea oa Molimo+ oa rōna.
12 Lintho tsohle li lumelloa ke molao bakeng sa ka; empa hase lintho tsohle tse molemo.+ Lintho tsohle li lumelloa ke molao+ bakeng sa ka; empa nke ke ka itlohella hore ke laoloe ke ntho leha e le efe.+ 13 Lijo bakeng sa mpa, le mpa bakeng sa lijo;+ empa ka bobeli Molimo o tla li etsa lefeela.+ Joale ’mele hase oa bohlola, empa ke oa Morena;+ ’me Morena ke oa ’mele.+ 14 Empa Molimo o ile a tsosa Morena+ ’me o tla re tsosa ho tsoa lefung+ ka matla+ a hae.
15 Na ha le tsebe hore ’mele ea lōna ke litho+ tsa Kreste?+ Joale, na ke tla tlosa litho tsa Kreste ’me ke li etse litho tsa seotsoa?+ Le ka mohla hoo ho se ke ha etsahala! 16 Khele! Na ha le tsebe hore ea kopaneng le seotsoa ke ’mele o le mong le sona? Etsoe, o re, “Ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe.”+ 17 Empa ea kopaneng le Morena ke moea+ o le mong+ le eena. 18 Balehelang bohlola.+ Sebe se seng le se seng seo motho a ka se etsang se ka ntle ho ’mele oa hae, empa ea tloaetseng ho etsa bohlola o siteloa ’mele oa hae.+ 19 Khele! Na ha le tsebe hore ’mele oa lōna ke tempele+ ea moea o halalelang o ka ho lōna,+ oo le nang le oona o tsoa ho Molimo? Hape, ha le ba lōna,+ 20 kaha le ile la rekoa ka theko.+ Ka sebele, tlotlisang Molimo+ ’meleng+ oa lōna.
7 Joale malebana le lintho tseo le ileng la ngola ka tsona, ho molemo hore monna a se ke a ama+ mosali; 2 empa leha ho le joalo, ka lebaka la ho ata ha bohlola,+ monna e mong le e mong a ke a be le mosali+ oa hae ’me mosali e mong le e mong a be le monna oa hae. 3 Monna a ke a fe mosali oa hae tokelo+ ea mosali; empa mosali le eena a etse ka ho tšoanang ho monna+ oa hae. 4 Mosali ha a sebelise matla holim ’a ’mele oa hae, empa ho etsa joalo monna oa hae;+ ka ho tšoanang, monna ha a sebelise matla holim ’a ’mele oa hae, empa ho etsa joalo mosali oa hae.+ 5 Le se ke la hanelana ka eona,+ haese ka tumellano ka nako e behiloeng,+ e le hore le ka ba le nako ea ho rapela ’me le be hammoho hape, e le hore Satane a se ke a ’na a le leka+ ka lebaka la ho hloka boitšoaro+ ha lōna. 6 Leha ho le joalo, ke bua sena e le tumello,+ eseng taelo.+ 7 Empa ke lakatsa eka batho bohle ba ka be ba le kamoo ’na ke leng kateng.+ Leha ho le joalo, e mong le e mong o na le mpho+ ea hae e tsoang ho Molimo, e mong ka tsela ena, e mong ka tsela eane.
8 Joale ke re ho batho ba seng lenyalong+ le bahlolohali, ho molemo bakeng sa bona hore ba lule kamoo ’na ke leng kateng.+ 9 Empa haeba ba se na boitšoaro,+ ba ke ba kene lenyalong, kaha ho molemo ho kena lenyalong+ ho e-na le ho chesoa ke takatso.+
10 Ho batho ba lenyalong ke fana ka litaelo, empa leha ho le joalo eseng ’na empa Morena,+ hore mosali ha aa lokela ho tloha ho monna+ oa hae; 11 empa haeba ka sebele a ka tloha, a lule a sa nyaloa kapa ho seng joalo a boelane le monna oa hae; ’me monna ha aa lokela ho tlohela mosali oa hae.
12 Empa ho ba bang ke re, e, ’na, eseng Morena:+ Haeba mor’abo rōna leha e le ofe a e-na le mosali ea sa lumelang, ’me leha ho le joalo mosali eo a lumela ho lula le eena, a se ke a mo tlohela; 13 le mosali ea nang le monna ea sa lumelang, ’me leha ho le joalo monna eo a lumela ho lula le eena, a se ke a tlohela monna oa hae. 14 Etsoe monna ea sa lumelang o halaletsoa kamanong le mosali oa hae, le mosali ea sa lumelang o halaletsoa kamanong le mor’abo rōna; ho seng joalo, ka sebele bana ba lōna e ne e tla ba ba sa hloekang,+ empa joale baa halalela.+ 15 Empa haeba ea sa lumelang a tloha,+ a ke a tlohe; mor’abo rōna kapa morali’abo rōna ha a bohlankeng tlas’a maemo a joalo, empa Molimo o le bitselitse khotsong.+ 16 Etsoe, mosali, u tseba joang hore u ke ke ua pholosa monna oa hao?+ Kapa, monna, u tseba joang hore u ke ke ua pholosa mosali oa hao?+
17 Feela, joalokaha Jehova a file e mong le e mong karolo,+ e mong le e mong a ke a tsamaee kamoo Molimo a mo bitsitseng.+ ’Me ke laela+ joalo liphuthehong tsohle. 18 Na monna leha e le ofe o ile a bitsoa a bolotse?+ A se ke a fetoha ea sa bollang. Na monna leha e le ofe o bitsitsoe a le ho se bolleng?+ A se ke a bolla.+ 19 Lebollo+ ha le bolele letho, le ho se bolle+ ha ho bolele letho, empa ho boloka litaelo tsa Molimo ho bolela ho itseng.+ 20 Boemong bofe kapa bofe boo e mong le e mong a ileng a bitsoa+ a le ho bona, a ke a lule ho bona.+ 21 Na u ile ua bitsoa ha u le lekhoba? U se ke ua ho lumella ho u tšoenya;+ empa haeba u ka boela ua lokoloha, u mpe u nke monyetla oo. 22 Etsoe leha e le mang Moreneng ea ileng a bitsoa ha e le lekhoba ke motho ea lokolotsoeng+ oa Morena; ka ho tšoanang ea ileng a bitsoa ha e le motho ea lokolohileng+ ke lekhoba+ la Kreste. 23 Le rekiloe ka theko;+ khaotsang ho ba makhoba+ a batho. 24 Boemong+ bofe kapa bofe boo e mong le e mong a ileng a bitsoa a le ho bona, barab’eso, a ke a lule ho bona kamanong le Molimo.
25 Joale malebana le masoha ha ke na taelo e tsoang ho Morena, empa ke fana ka maikutlo+ a ka joaloka ea ileng a bontšoa mohau ke Morena+ hore ke tšepahale.+ 26 Ka hona ke nahana hore sena se molemo ka lebaka la boemo bo thata bo teng ho rōna, hore ho molemo ho monna ho tsoela pele kamoo a leng kateng.+ 27 Na u tlameletsoe ho mosali?+ Khaotsa ho batla tokollo.+ Na u lokolotsoe ho mosali? Khaotsa ho batla mosali. 28 Empa esita le haeba u ne u ka fela ua kena lenyalong, u ne u tla be u sa etse sebe.+ Haeba motho oa lesoha a ne a ka kena lenyalong, ea joalo o ne a tla be a sa etse sebe. Leha ho le joalo, ba kenang lenyalong ba tla ba le matšoenyeho nameng+ ea bona. Empa kea le qenehela.
29 Ho feta moo, ke bolela sena, barab’eso, nako e setseng e fokotsehile.+ Ho tloha joale ho ea pele ba nang le basali ba ke ba be joalokaha eka ha ba na bona,+ 30 le ba llang ba be joaloka ba sa lleng, le ba thabileng ba be joaloka ba sa thabang, le ba rekang ba be joaloka ba se nang letho, 31 le ba sebelisang lefatše+ ba be joaloka ba sa le sebeliseng ka botlalo; etsoe boemo ba lefatše lena boa fetoha.+ 32 Ka sebele, ke batla hore le se ke la ba le matšoenyeho.+ Monna ea sa nyalang o tšoenyeha ka lintho tsa Morena, kamoo a ka fumanang kamohelo ea Morena. 33 Empa monna ea nyetseng o tšoenyeha+ ka lintho tsa lefatše, kamoo a ka fumanang kamohelo ea mosali+ oa hae, 34 ’me o arohane. Ho ekelletsa moo, mosali ea sa nyaloang, le moroetsana, o tšoenyeha ka lintho tsa Morena,+ e le hore e ka ba ea halalelang ’meleng oa hae le moeeng oa hae. Leha ho le joalo, mosali ea nyetsoeng o tšoenyeha ka lintho tsa lefatše, kamoo a ka fumanang kamohelo ea monna oa hae.+ 35 Empa sena ke se bolela bakeng sa molemo oa lōna oa botho, eseng hore ke le akhele sekhoketsane, empa ho le susumelletsa ho se tšoanelang+ le se bolelang ho sebeletsa Morena kamehla ntle ho tšitiso.+
36 Empa haeba leha e le mang a nahana hore o itšoara ka mokhoa o sa tšoanelang mabapi le bosoha+ ba hae, haeba a fetile palesa ea bocha, ’me ena e le tsela eo ho lokelang hore ho etsahale ka eona, a ke a etse seo a se batlang; ha a etse sebe. Ba ke ba kene lenyalong.+ 37 Empa haeba leha e le mang a tsitsitse pelong ea hae, a sa qobelloe ke letho, empa a e-na le matla thatong ea hae ’me a entse qeto ena ka pelong ea hae, hore a boloke bosoha ba hae, o tla etsa hantle.+ 38 Ka lebaka leo le ea fanang ka bosoha ba hae lenyalong o etsa hantle,+ empa ea sa faneng ka bona lenyalong o tla etsa hamolemo haholo.+
39 Mosali o tlamiloe ka nako eohle ha monna oa hae a phela.+ Empa haeba monna oa hae a ka robala lefung, o lokolohile ho nyaloa ke eo a mo batlang, e mpe e be feela Moreneng.+ 40 Empa o thaba haholo haeba a lula kamoo a leng kateng,+ ho ea ka maikutlo a ka. Ka sebele ke nahana hore ke boetse ke na le moea oa Molimo.+
8 Joale malebana le lijo tse nyeheloang ho litšoantšo tse rapeloang:+ rea tseba hore bohle re na le tsebo.+ Tsebo e baka boikhohomoso, empa lerato lea haha.+ 2 Haeba leha e le mang a nahana hore o fumane tsebo ea ho hong,+ ha a e-s’o ho tsebe feela joalokaha a tšoanela ho ho tseba.+ 3 Empa haeba leha e le mang a rata Molimo,+ enoa o tsejoa ke eena.+
4 Joale malebana le ho ja+ lijo tse nyeheloang ho litšoantšo tse rapeloang, rea tseba hore setšoantšo se rapeloang hase letho+ lefatšeng, le hore ha ho na Molimo haese a le mong.+ 5 Etsoe esita le hoja ho e-na le ba bitsoang “melimo,”+ ebang ke leholimong+ kapa lefatšeng,+ feela joalokaha ho e-na le “melimo” e mengata le “marena”+ a mangata, 6 ka sebele ho rōna ho na le Molimo a le mong+ Ntate,+ eo lintho tsohle li tsoang ho eena, ’me rōna re ba hae;+ ho na le Morena a le mong,+ Jesu Kreste,+ eo ka eena lintho tsohle li leng teng,+ le rōna re leng teng ka eena.
7 Leha ho le joalo, tsebo ena ha e ho batho bohle;+ empa ba bang, kaha ho tla fihlela joale ba tloaetse setšoantšo se rapeloang, ba ja lijo e le ho hong ho hlabetsoeng setšoantšo se rapeloang,+ ’me matsoalo a bona, kaha a fokola, aa silafala.+ 8 Empa lijo li ke ke tsa re buella ho Molimo;+ haeba re sa je, ha re haelloe, ’me, haeba re ja, ha ho seo re se ekeletsoang.+ 9 Empa le lule le lebetse hore matla ana a lōna, ka tsela e itseng a se ke a fetoha khopiso ho ba fokolang.+ 10 Etsoe haeba leha e le mang a ka u bona, uena ea nang le tsebo, u otlile ka lehlakore lijong ka tempeleng ea setšoantšo se rapeloang, na letsoalo la eo ea fokolang le ke ke la hahoa ho fihlela moo a jang lijo tse nyeheloang ho litšoantšo tse rapeloang?+ 11 Ka sebele, ka tsebo ea hao, motho ea fokolang o ntse a senngoa, mor’eno eo ka lebaka la hae Kreste a ileng a shoa.+ 12 Empa ha le siteloa barab’abo lōna ka tsela ena ’me le ntša matsoalo+ a bona a fokolang maqeba, le siteloa Kreste. 13 Ka hona, haeba lijo li etsa hore mor’eso a khoptjoe,+ le ka mohla nke ke ka boela ka ja nama ho hang, e le hore ke se ke ka etsa hore mor’eso a khoptjoe.+
9 Na ha kea lokoloha?+ Na ha ke moapostola?+ Na ha kea bona Jesu Morena+ oa rōna? Na lōna ha le mosebetsi oa ka Moreneng? 2 Haeba ha ke moapostola ho ba bang, kannete-nete ke eena ho lōna, etsoe le tiiso e tiisang+ boapostola ba ka kamanong le Morena.
3 Boitšireletso ba ka ho ba ntlhahlobang bo ka tsela e latelang:+ 4 Re na le matla a ho ja+ le a ho noa, na ha ho joalo? 5 Re na le matla a ho tsamaea le morali’abo rōna e le mosali,+ esita le joaloka baapostola ba bang kaofela le barab’abo Morena+ le Kefase,+ na ha ho joalo? 6 Kapa na ke Barnabase+ le ’na feela ba se nang matla a ho lesa mosebetsi oa lefatše?+ 7 Ke mang ea keng a sebeletse e le lesole ka litšenyehelo tsa hae? Ke mang ea lemang serapa sa morara ’me a sa je litholoana tsa sona?+ Kapa ke mang ea lisang mohlape ’me a sa je lebese la mohlape oo?+
8 Na ke bua lintho tsee ka litekanyetso tsa batho?+ Kapa na Molao+ le oona ha o bue lintho tsee? 9 Etsoe molaong oa Moshe ho ngoliloe: “U se ke ua tlama poho molomo ha e pola lithollo.”+ Na ke lipoho tseo Molimo a li hlokomelang? 10 Kapa na ka ho feletseng ke ka lebaka la rōna a ho buang? Ka sebele ke ka lebaka la rōna ho ileng ha ngoloa,+ hobane motho ea lemang o tšoanela ho lema ka tšepo le motho ea polang o tšoanela ho etsa joalo ka tšepo ea hore a be le kabelo.+
11 Haeba re jetse lintho tsa moea+ ho lōna, na ke ntho e khōlō haeba re tla kotula lintho tsa nama ho lōna?+ 12 Haeba banna ba bang ba ba le kabelo matleng ana holim ’a lōna,+ na rōna ha re be le kabelo ho ’ona haholo? Leha ho le joalo, ha rea sebelisa matla ana,+ empa re jara lintho tsohle, e le hore re se ke ra fana ka tšitiso leha e le efe litabeng tse molemo+ tse mabapi le Kreste. 13 Na ha le tsebe hore banna ba etsang litšebeletso tse halalelang ba ja+ lintho tsa tempele, ’me ba sebeletsang+ kamehla aletareng ba na le kabelo ea bona le aletare? 14 Hape, ka tsela ena, Morena o laetse+ bakeng sa ba phatlalatsang litaba tse molemo hore ba phele ka litaba tse molemo.+
15 Empa ha kea sebelisa leha e le ’ngoe ea litokisetso tsena.+ Ka sebele, ha kea ngola lintho tsena e le hore ho ka ba joalo tabeng ea ka, kaha ho ne ho tla ba molemo hore ke shoe ho e-na le—ha ho motho ea tla etsa lebaka la ka la ho ithorisa+ lefeela! 16 Joale, haeba ke bolela litaba tse molemo,+ hase lebaka la hore ke ithorise, etsoe ke tlamehile+ ho ho etsa. Ka sebele, ho malimabe+ ’na haeba ke sa ka ka bolela litaba tse molemo! 17 Haeba ke etsa sena ka ho rata,+ ke na le moputso;+ empa haeba ke se etsa khahlanong le thato ea ka, leha ho le joalo ke na le botsamaisi+ bo behiloeng tlhokomelong ea ka. 18 Joale, moputso oa ka ke eng? Hore ha ke ntse ke bolela litaba tse molemo ke fane ka litaba tse molemo ntle ho tefo,+ e le hore ke se ke ka sebelisa matla a ka hampe litabeng tse molemo.
19 Etsoe, le hoja ke lokolohile ho batho bohle, ke ikentse lekhoba+ ho bohle, e le hore nka rua+ batho ba eketsehileng. 20 Kahoo ho Bajuda ke ile ka ba joaloka Mojuda,+ e le hore nka rua Bajuda; ho ba tlas’a molao ka ba joaloka ea tlas’a molao,+ le hoja ke se tlas’a molao,+ e le hore nka rua ba tlas’a molao. 21 Ho ba hlokang molao+ ka ba joaloka ea hlokang molao,+ le hoja ke se ea hlokang molao mabapi le Molimo empa ke le tlas’a molao+ mabapi le Kreste,+ e le hore nka rua ba hlokang molao. 22 Ho ba fokolang ka ba ea fokolang, e le hore nka rua ba fokolang.+ Ke fetohile lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle,+ e le hore ka sebele nka pholosa ba bang. 23 Empa ke etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo, e le hore nka li arolelana+ le ba bang.
24 Na ha le tsebe hore limathi+ peisong li matha kaofela, empa ke se le seng feela se amohelang moputso?+ Mathang+ ka tsela eo le ka o fumanang.+ 25 Ho feta moo, monna e mong le e mong ea nkang karolo tlhōlisanong o sebelisa boitšoaro+ linthong tsohle. Joale, ka ho hlakileng, bona ba ho etsa e le hore ba ka fumana moqhaka+ o ka bolang, empa rōna e le hore re ka fumana o ke keng oa bola.+ 26 Ka hona, tsela eo ke mathang+ ka eona hase ka ho se nepisise; tsela eo ke tobisang ho otla ha ka ka eona ke ka tsela ea hore ke se ke ka otla moea;+ 27 empa ke teteka ’mele+ oa ka ’me ke o tšoara joaloka lekhoba, e le hore, ka mor’a hore ke bolelle ba bang, ke se ke ka ba ea sa amoheleheng+ ka tsela e itseng.
10 Joale, ha ke batle hore le hloke tsebo, barab’eso, hore baholo-holo ba rōna kaofela ba ile ba ba ka tlas’a leru+ ’me kaofela ba feta har’a leoatle+ 2 ’me kaofela ba ile ba kolobetsoa ho kena ho Moshe+ ka leru le ka leoatle; 3 kaofela ba ile ba ja lijo tse tšoanang tsa moea+ 4 ’me kaofela ba ile ba noa seno se tšoanang sa moea.+ Etsoe ba ne ba noa lefikeng la moea+ le neng le ba latela, ’me lefika+ leo le ne le bolela Kreste.+ 5 Leha ho le joalo, boholo ba bona Molimo ha aa ka a ba bontša kamohelo+ ea hae, kaha ba ile ba rapalatsoa+ lefeelleng.
6 Joale lintho tsena e bile mehlala ea rōna, hore re se ke ra ba batho ba lakatsang lintho tse mpe,+ esita le joalokaha ba ile ba li lakatsa. 7 Hape le se ke la ba barapeli ba litšoantšo, joalokaha ba bang ba bona e ile ea e-ba barapeli ba litšoantšo;+ feela joalokaha ho ngoliloe: “Sechaba sa lula fatše ho ja le ho noa, ’me sa ema hore se ithabise.”+ 8 Hape re se ke ra tloaela ho etsa bohlola, joalokaha ba bang ba bona ba ile ba etsa bohlola,+ hore feela ba oe, ba likete tse mashome a mabeli a metso e meraro ba bona ka letsatsi le le leng.+ 9 Hape re se ke ra leka Jehova,+ joalokaha ba bang ba bona ba ile ba mo leka,+ hore feela ba timetsoe ke linoha.+ 10 Hape le se ke la ba bakorotli, feela joalokaha ba bang ba bona ba ile ba korotla,+ hore feela ba timetsoe ke motimetsi.+ 11 Joale lintho tsena li ile tsa tsoela pele ho ba hlahela e le mehlala, ’me li ile tsa ngoloa hore e be temoso+ ho rōna bao bofelo ba litsamaiso tsa lintho+ bo ba fihletseng.
12 Ka lebaka leo ea nahanang hore o eme a ke a hlokomele hore a se ke a oa.+ 13 Ha ho moleko o le hlahetseng haese se tloaelehileng ho batho.+ Empa Molimo oa tšepahala,+ ’me a ke ke a le tlohela hore le lekoe ho feta seo le ka se jarang,+ empa hammoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ea ho tsoa+ e le hore le khone ho o mamella.
14 Ka hona, baratuoa ba ka, le balehele+ borapeli ba litšoantšo.+ 15 Ke bua joalokaha ho buuoa le batho ba nang le temoho;+ ikahloleleng seo ke se buang. 16 Senoelo+ sa tlhohonolofatso seo re se hlohonolofatsang, na hase ho ba le karolo maling a Kreste? Bohobe boo re bo qhetsolang,+ na hase ho ba le karolo ’meleng oa Kreste?+ 17 Kahobane ho na le bohobe bo le bong, rōna, le hoja re le bangata,+ re ’mele o le mong,+ kaha kaofela re ja bohobe+ boo bo le bong.
18 Shebang seo e leng Iseraele ka tsela ea nama:+ Na ba jang mahlabelo hase ba nang le karolo le aletare?+ 19 Joale, ke tla re’ng? Na ke tla re se hlabetsoeng setšoantšo se rapeloang ke letho, kapa ke tla re setšoantšo se rapeloang ke letho?+ 20 Che; empa ke re lintho tseo lichaba li li etsang sehlabelo li li hlabela bademona,+ eseng Molimo; ’me ha ke batle hore le be le karolo le bademona.+ 21 Le ke ke la noa senoelo sa Jehova+ le senoelo sa bademona; le ke ke la ja “tafoleng ea Jehova”+ le tafoleng ea bademona. 22 Kapa “na re susumelletsa Jehova poulelong”?+ Ha re matla+ ho mo feta, na ha ho joalo?
23 Lintho tsohle li lumelloa ke molao; empa hase lintho tsohle tse molemo.+ Lintho tsohle li lumelloa ke molao;+ empa hase lintho tsohle tse hahang.+ 24 E mong le e mong a ’ne a batle, eseng se molemo ho eena,+ empa se molemo ho motho e mong.+
25 Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e rekisoang ’marakeng oa nama le ’ne le e je,+ le sa botsisise letho ka lebaka la matsoalo+ a lōna; 26 kaha “lefatše ke la Jehova+ le se tletseng ho lona.”+ 27 Haeba leha e le mang oa ba sa lumelang a le mema ’me le lakatsa ho ea, le je ntho e ’ngoe le e ’ngoe e behoang ka pel’a lōna,+ le sa botsisise letho ka lebaka la matsoalo a lōna.+ 28 Empa haeba leha e le mang a ka re ho lōna: “Hona ke ntho e nyehetsoeng e le sehlabelo,” le se ke la ja ka lebaka la ea ho senotseng le ka lebaka la letsoalo.+ 29 “Letsoalo,” ke rialo, eseng la hao, empa la motho e mong. Etsoe ke hobane’ng ha tokoloho ea ka e ahloloa ke letsoalo+ la motho e mong? 30 Haeba ke ja ka teboho, ke hobane’ng ha ke lokela ho nyefoloa ka seo ke lebohang+ bakeng sa sona?
31 Ka hona, ebang lea ja kapa lea noa kapa le etsa ntho leha e le efe e ’ngoe, le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.+ 32 Phemang ho ba lisosa tsa khopiso+ ho Bajuda hammoho le Bagerike le phuthehong ea Molimo, 33 esita le joalokaha ke khahlisa batho bohle linthong tsohle,+ ke sa batle se molemo+ ho ’na empa ho ba bangata, e le hore ba ka pholoha.+
11 E-bang baetsisi ba ka, esita le joalokaha ke le oa Kreste.+
2 Joale kea le babatsa hobane linthong tsohle lea nkhopola ’me le tšoere lineano+ ka tieo feela joalokaha ke ile ka nehelana ka tsona ho lōna. 3 Empa ke batla hore le tsebe hore hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste;+ hape hlooho ea mosali ke monna;+ hape hlooho ea Kreste ke Molimo.+ 4 Monna e mong le e mong ea rapelang kapa ea profetang a e-na le ho hong hloohong ea hae o tlotlolla hlooho ea hae;+ 5 empa mosali e mong le e mong ea rapelang kapa ea profetang+ hlooho ea hae e sa koaheloa o tlotlolla hlooho ea hae,+ kaha ho tšoana le ha e le mosali ea hlooho e beotsoeng.+ 6 Etsoe haeba mosali a sa ikoahele, ka ho tšoanang a ke a kute; empa haeba ke tlotlollo bakeng sa mosali hore a kute kapa a beole,+ a ke a ikoahele.+
7 Etsoe monna ha aa tšoanela ho etsa hore hlooho ea hae e koaheloe, kaha ke setšoantšo+ le khanya+ ea Molimo; empa mosali ke khanya ea monna.+ 8 Etsoe monna ha a tsoe ho mosali, empa mosali o tsoa ho monna;+ 9 ho feta moo, monna ha aa ka a bōptjoa ka lebaka la mosali, empa mosali o ile a bōptjoa ka lebaka la monna.+ 10 Ke ka lebaka leo mosali a tšoanelang ho ba le pontšo ea ho laeloa hloohong+ ea hae ka lebaka la mangeloi.+
11 Ntle ho moo, mabapi le Morena mosali ha a eo kantle ho monna kapa hona hore monna o teng kantle ho mosali.+ 12 Etsoe feela joalokaha mosali a tsoa ho monna,+ kahoo le monna o teng ka mosali;+ empa lintho tsohle li tsoa ho Molimo.+ 13 Ikahloleleng: Na ho loketse hore mosali a rapele Molimo a sa ikoahela? 14 Na tlhaho ha e le rute hore haeba monna a e-na le moriri o molelele, ke tlhomphollo ho eena; 15 empa haeba mosali a e-na le moriri o molelele, ke khanya+ ho eena? Hobane o filoe moriri oa hae ho e-na le se roaloang hloohong.+ 16 Leha ho le joalo, haeba motho leha e le ofe a bonahala a pheha khang+ ka lebaka la tloaelo+ e ’ngoe e itseng, ha re na e ’ngoe, leha e le hore liphutheho tsa Molimo li na le eona.
17 Empa, ha ke ntse ke fana ka litaelo tsena, ha ke le babatse hobane ha le kopane bakeng sa ho molemo, empa le kopana bakeng sa ho hobe haholo.+ 18 Kaha pele ho tsohle, ha le phutheha ka phuthehong, ke utloa hore likarohano li teng har’a lōna;+ ’me ka tekanyo e itseng kea ho lumela. 19 Etsoe hape ho tla ba le maquloana+ har’a lōna, e le hore batho ba amohelehang le bona ba ka bonahala har’a lōna.+
20 Ka hona, ha le phuthehela sebakeng se le seng, ha ho khonehe ho ja lijo tsa shoalane tsa Morena.+ 21 Etsoe, ha le li ja, e mong le e mong o ja lijo tsa hae tsa shoalane esale pele, hoo e mong a lapileng empa e mong a tahiloeng. 22 Ka sebele le na le matlo bakeng sa ho ja le ho noa, na ha ho joalo?+ Kapa na le nyelisa phutheho ea Molimo le ho hlabisa ba se nang letho+ lihlong? Ke tla re’ng ho lōna? Na ke tla le babatsa? Ho sena ha ke le babatse.
23 Etsoe ke ile ka amohela ho Morena seo le ’na ke ileng ka nehelana ka sona ho lōna, hore Morena Jesu ka bosiu+ boo ho neng ho tla nehelanoa ka eena o ile a nka bohobe 24 ’me, ka mor’a ho leboha, a bo qhetsola+ ’me a re: “Sena se bolela ’mele+ oa ka o leng molemong oa lōna. Le ’ne le etse sena ho nkhopola.”+ 25 Hape a etsa ka ho tšoanang mabapi le senoelo,+ ka mor’a ho ja lijo tsa shoalane, a re: “Senoelo sena se bolela selekane se secha+ motheong oa mali a ka.+ Le ’ne le etse sena, nako le nako ha le se noa, ho nkhopola.”+ 26 Etsoe nako le nako+ ha le ja bohobe bona le ho noa senoelo sena, le ntse le phatlalatsa lefu+ la Morena, ho fihlela a fihla.+
27 Ka lebaka leo mang kapa mang ea jang bohobe bona kapa ea noang senoelo sa Morena ka ho sa tšoaneleheng o tla ba molato+ mabapi le ’mele le mali+ a Morena. 28 Pele motho a ke a inke a amoheleha ka mor’a ho hlahlobisisa,+ kahoo a je bohobe le ho noa senoelo. 29 Etsoe ea jang le ho noa o ja le ho noa kahlolo+ khahlanong le eena ka boeena haeba a sa lemohe ’mele. 30 Ke ka lebaka leo ba bangata har’a lōna ba fokolang ’me e le likulane, ’me ba bangata ba robetse+ lefung. 31 Empa haeba re ne re ka lemoha seo re leng sona, re ne re ke ke ra ahloloa.+ 32 Leha ho le joalo, ha re ahloloa,+ re lauoa ke Jehova,+ hore re se ke ra ahloloa+ le lefatše.+ 33 Ka lebaka leo, barab’eso, ha le phutheha ho bo ja,+ le letelane. 34 Haeba leha e le mang a lapile, a ke a je lapeng,+ hore le se ke la phutheha bakeng sa kahlolo.+ Empa litaba tse setseng ke tla li lokisa ha ke fihla moo.
12 Joale malebana le limpho+ tsa moea, barab’eso, ha ke batle hore le hloke tsebo. 2 Lea tseba hore ha le ne le le batho ba lichaba,+ le ne le ntse le isoa litšoantšong tseo tse rapeloang+ tse sa tsebeng ho bua+ feela joalokaha le ne le isoa ho tsona. 3 Ka hona ke lakatsa ha le tseba hore ha ho eo e reng ha a bua ka moea oa Molimo a re: “Jesu o rohakiloe!”+ ’me ha ho ea ka reng: “Jesu ke Morena!” haese ka moea o halalelang.+
4 Joale ho na le limpho tse sa tšoaneng,+ empa ho na le moea o tšoanang;+ 5 ho na le bosebeletsi bo sa tšoaneng,+ leha ho le joalo ho na le Morena ea tšoanang;+ 6 ho na le liketso tse sa tšoaneng,+ leha ho le joalo ke Molimo ea tšoanang+ ea etsang liketso tsohle ho batho bohle.+ 7 Empa ponahatso ea moea e fuoa e mong le e mong bakeng sa morero o molemo.+ 8 Ka mohlala, e mong ka moea o fuoa puo ea bohlale,+ e mong o fuoa puo ea tsebo+ ho ea ka moea o tšoanang, 9 e mong o fuoa tumelo+ ka moea o tšoanang, e mong o fuoa limpho tsa lipholiso+ ka moea oo o le mong, 10 hape e mong o fuoa liketso tsa mesebetsi e matla,+ e mong o fuoa ho profeta,+ e mong o fuoa temoho+ ea lipolelo tse bululetsoeng,+ e mong o fuoa maleme a fapaneng,+ ’me e mong o fuoa phetolelo le tlhaloso+ ea maleme. 11 Empa liketso tsena tsohle li etsoa ke moea o tšoanang,+ o abela+ e mong le e mong ka bomong feela joalokaha o rata.+
12 Etsoe feela joalokaha ’mele o le mong empa o e-na le litho tse ngata, ’me litho tsohle tsa ’mele oo, le hoja li le ngata, e le ’mele o le mong,+ le Kreste o joalo.+ 13 Etsoe kannete ka moea o le mong bohle re ile ra kolobetsoa+ ho kena ’meleng o le mong, ebang re Bajuda kapa re Bagerike, ebang re makhoba kapa re lokolohile, ’me bohle re ile ra noesoa+ moea o le mong.
14 Etsoe ka sebele, ’mele hase setho se le seng, empa ke tse ngata.+ 15 Haeba leoto le ka re: “Kahobane ha ke letsoho, ha ke karolo ea ’mele,” hase hore ka lebaka lena hase karolo ea ’mele.+ 16 Haeba tsebe e ka re: “Kahobane ha ke leihlo, ha ke karolo ea ’mele,” hase hore ka lebaka lena hase karolo ea ’mele.+ 17 Haeba ’mele kaofela e ne e le leihlo, matla a ho utloa a ne a tla ba hokae? Haeba kaofela e ne e le ho utloa, ho fofonela ho ne ho tla ba hokae? 18 Empa joale Molimo o behile litho ’meleng, se seng le se seng sa tsona, feela joalokaha a khahliloe.+
19 Haeba tsohle e ne e le setho se le seng,+ ’mele o ne o tla ba hokae? 20 Empa joale ke litho tse ngata,+ empa leha ho le joalo ke ’mele o le mong. 21 Leihlo le ke ke la re ho letsoho: “Ha ke u hloke”; kapa, hape, hlooho e ke ke ea re ho maoto: “Ha ke le hloke.” 22 Empa ho e-na le hoo taba ke hore litho tsa ’mele tse bonahalang li fokola+ haholo lia hlokahala, 23 ’me likarolo tsa ’mele tseo re nahanang hore li hlompheha hanyenyane, re li lika-liketsa ka tlhompho+ e eketsehileng haholo, ’me kahoo likarolo tsa rōna tse sa boheheng li khahleha ka ho eketsehileng haholo, 24 athe likarolo tsa rōna tse khahlehang ha li hloke letho. Leha ho le joalo, Molimo o ile a kopanya ’mele, a fana ka tlhompho e eketsehileng haholo karolong e neng e e-na le khaello, 25 e le hore ho se ke ha e-ba le karohano ’meleng, empa hore litho tsa oona li hlokomelane ka tsela e tšoanang.+ 26 Haeba setho se seng se utloa bohloko, litho tse ling tsohle li utloa bohloko+ le sona; kapa haeba setho se seng se tlotlisoa,+ litho tse ling tsohle li thaba le sona.+
27 Joale, le ’mele oa Kreste, le litho ka bomong.+ 28 Molimo o behile ba itseng ka phuthehong,+ ba pele, baapostola;+ ba bobeli, baprofeta;+ ba boraro, mesuoe;+ e ntan’o ba mesebetsi e matla;+ e ntan’o ba limpho tsa lipholiso;+ litšebeletso tsa ho thusa,+ bokhoni ba ho tsamaisa,+ maleme a fapaneng.+ 29 Hase bohle bao e leng baapostola, na ha ho joalo? Hase bohle bao e leng baprofeta, na ha ho joalo? Hase bohle bao e leng mesuoe, na ha ho joalo? Hase bohle ba etsang mesebetsi e matla, na ha ho joalo? 30 Hase bohle ba nang le limpho tsa lipholiso, na ha ho joalo? Hase bohle ba buang maleme,+ na ha ho joalo? Hase bohle bao e leng bafetoleli,+ na ha ho joalo? 31 Empa le ’ne le batle ka cheseho limpho+ tse khōlō. Leha ho le joalo ke le bontša tsela e fetisisang.+
13 Haeba ke bua maleme+ a batho le a mangeloi empa ke se na lerato, ke fetohile sekotoana sa brase se lumang kapa cymbala e otlanngoang.+ 2 Haeba ke e-na le mpho ea ho profeta+ ’me ke tloaelane le liphiri tsohle tse halalelang+ le tsebo+ eohle, ’me haeba ke e-na le tumelo eohle hore ke tlose lithaba+ ho li isa sebakeng se seng, empa ke se na lerato, ha ke letho.+ 3 Haeba ke fana ka lintho tsohle tsa ka ho fepa ba bang,+ ’me haeba ke nehelana ka ’mele oa ka,+ e le hore nka ithorisa, empa ke se na lerato,+ ha ke rue letho ho hang.
4 Lerato+ lea tiisetsa+ ’me le mosa.+ Lerato ha le boulele,+ ha le ithorise,+ ha le ikhohomose,+ 5 ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng,+ ha le batle lithahasello tsa lona,+ ha le halefe.+ Ha le boloke tlaleho ea bobe.+ 6 Ha le thabele ho se loke,+ empa le thabela ’nete.+ 7 Le jara lintho tsohle,+ le lumela lintho tsohle,+ le tšepa lintho tsohle,+ le mamella lintho tsohle.+
8 Lerato ha le fele le ka mohla.+ Empa ebang ho na le limpho tsa ho profeta, li tla felisoa; ebang ho na le maleme, a tla khaotsa; ebang ho na le tsebo, e tla felisoa.+ 9 Etsoe re na le tsebo e sa fellang+ ’me re profeta ka mokhoa o sa fellang;+ 10 empa ha se feletseng se fihla,+ se sa fellang se tla felisoa. 11 Ha ke ne ke le ngoana, ke ne ke bua joaloka ngoana, ke nahana joaloka ngoana, ke beha mabaka joaloka ngoana; empa kaha joale ke monna,+ ke lahlile mekhoa ea bongoana. 12 Etsoe hona joale re bona ka setšoantšo se lerootho ka seipone sa tšepe,+ empa ka nako eo e tla ba ka lifahleho tse talimaneng.+ Hona joale ke tseba ka mokhoa o sa fellang, empa ka nako eo ke tla tseba ka mokhoa o nepahetseng esita le joalokaha ke tsejoa ka mokhoa o nepahetseng.+ 13 Leha ho le joalo, ho sala tumelo, tšepo, lerato, tsena tse tharo; empa e khōlō ho tsona ke lerato.+
14 Phehellang lerato, empa leha ho le joalo le ’ne le batle ka cheseho limpho tsa moea,+ empa haholo-holo e le hore le ka profeta.+ 2 Etsoe ea buang leleme lesele ha a bue le batho, empa o bua le Molimo, kaha ha ho ea mamelang,+ empa o bua liphiri tse halalelang+ ka moea. 3 Leha ho le joalo, ea profetang o haha+ le ho khothatsa le ho tšelisa batho ka puo ea hae. 4 Ea buang leleme lesele oa ikaha, empa ea profetang o haha phutheho. 5 Joale ke lakatsa ha lōna bohle le bua maleme,+ empa ke rata haholo hore le profete.+ Ka sebele, ea profetang o moholo ho ea buang maleme,+ ntle le haeba, ha e le hantle, a fetolela, e le hore phutheho e ka amohela ho hahuoa. 6 Empa ka nako ena, barab’eso, haeba nka tla ke bua le lōna maleme, ke molemo ofe oo ke neng ke tla le etsetsa oona ntle leha ke ne nka bua le lōna ebang ke ka tšenolo+ kapa ka tsebo+ kapa ka boprofeta kapa ka thuto?
7 Joale, lintho tse sa pheleng li ntša molumo,+ ebang ke lekolilo kapa harepa; ntle leha li etsa khethollo melumong, ho tla tsejoa joang hore na ho ntse ho letsoa eng lekolilong kapa harepeng? 8 Etsoe kannete, haeba terompeta e ntša molumo o sa hlakang, ke mang ea tla itokisetsa ntoa?+ 9 Ka tsela e tšoanang hape, ntle leha lōna ka leleme le bua puo e utloisisoang habonolo,+ ho tla tsejoa joang se ntseng se buuoa? Ha e le hantle, le tla be le buela moeeng.+ 10 E ka ’na eaba ho na le mefuta e mengata haholo ea melumo ea puo lefatšeng, ’me leha ho le joalo ha ho mofuta o hlokang moelelo. 11 Joale, haeba ke sa utloisise matla a molumo oa puo, ke tla ba osele+ ho ea buang, le ea buang e tla ba osele ho ’na. 12 Kahoo le lōna, kaha le lakatsa limpho tsa moea ka cheseho,+ le batle ho ateloa ke tsona bakeng sa ho haha phutheho.+
13 Ka hona ea buang leleme lesele a ke a rapele e le hore a ka fetolela.+ 14 Etsoe haeba ke rapela ka leleme lesele, ke mpho ea ka ea moea e rapelang,+ empa kelello ea ka ha e behe. 15 Joale, ho lokela ho etsoa joang? Ke tla rapela ka mpho ea moea, empa hape ke tla rapela ka kelello ea ka. Ke tla bina thoriso+ ka mpho ea moea, empa hape ke tla bina thoriso ka kelello+ ea ka. 16 Ho seng joalo, haeba u fana ka thoriso ka mpho ea moea, ke joang motho ea lutseng setulong sa motho ea tloaelehileng a tla re “Amen”+ ha u leboha, kaha ha a tsebe hore na u re’ng? 17 Ke ’nete, u leboha ka tsela e ntle, empa motho eo e mong o ntse a sa hahuoe.+ 18 Ke leboha Molimo, ke bua maleme a mangata ho feta ao lōna kaofela le a buang.+ 19 Leha ho le joalo, ka phuthehong nka mpa ka bua mantsoe a mahlano ka kelello ea ka, e le hore hape nka ruta ba bang ka molomo, ho e-na le mantsoe a likete tse leshome ka leleme lesele.+
20 Barab’eso, le se ke la ba bana matleng a kutloisiso,+ empa le be bana mabapi le bobe;+ leha ho le joalo le be ba hōlileng ka ho feletseng matleng a kutloisiso.+ 21 Molaong ho ngoliloe: “‘Ke tla bua le batho+ bana ka maleme a melata le ka melomo ea basele,+ ’me leha ho le joalo leha e le ka nako eo ba ke ke ba nkela hloko,’ ho bolela Jehova.”+ 22 Ka lebaka leo maleme a teng bakeng sa pontšo,+ eseng ho balumeli, empa ho ba sa lumelang,+ athe ho profeta ho teng, eseng bakeng sa ba sa lumelang, empa bakeng sa balumeli.+ 23 Ka hona, haeba phutheho eohle e phuthehela sebakeng se le seng ’me bohle ba bua maleme,+ empa batho ba tloaelehileng kapa ba sa lumelang ba kena, na ba ke ke ba re lea hlanya? 24 Empa haeba kaofela le profeta ’me leha e le ofe ea sa lumelang kapa motho ea tloaelehileng a kena, o khalemeloa ke bona kaofela,+ o hlahlojoa ka hloko ke bona kaofela; 25 liphiri tsa pelo ea hae lia bonahala,+ hoo a tla oa ka sefahleho ’me a rapele Molimo, a bolela: “Ka sebele Molimo o har’a lōna.”+
26 Joale ho lokela ho etsoa joang, barab’eso? Ha le phutheha, e mong o na le pesaleme, e mong o na le thuto, e mong o na le tšenolo, e mong o na le leleme lesele, e mong o na le phetolelo le tlhaloso.+ Lintho tsohle li ke li etsahale bakeng sa ho haha.+ 27 Haeba e mong a bua leleme, ho ke ho lekanyetsoe ho ba babeli kapa ba bararo, eseng ho feta, ’me ba sielane sebaka; e mong a ke a fetolele.+ 28 Empa haeba ho se na mofetoleli, a ke a khutse ka phuthehong ’me a bue a le mong+ hape le Molimo. 29 Ho ekelletsa moo, baprofeta+ ba babeli kapa ba bararo ba ke ba bue, ’me ba bang ba ke ba lemohe se boleloang.+ 30 Empa haeba ho e-na le tšenolo ho e mong+ ha a ntse a lutse moo, oa pele a ke a khutse. 31 Kaha bohle le ka profeta+ ka bomong, e le hore bohle ba ka ithuta ’me bohle ba khothatsoa.+ 32 Limpho tsa moea tsa baprofeta li lokela ho laoloa ke baprofeta. 33 Etsoe Molimo hase Molimo oa ho hloka taolo,+ empa ke oa khotso.+
Joaloka liphuthehong tsohle tsa bahalaleli, 34 basali ba ke ba khutse+ ka liphuthehong, kaha ha hoa lumelloa hore ba bue, empa ba ke ba ipehe tlaase,+ esita le joalokaha Molao+ o bolela. 35 Joale, haeba ba batla ho ithuta ho hong, ba ke ba botse banna ba bona lapeng, kaha ke tlotlollo+ hore mosali a bue ka phuthehong.
36 Eng? Na ke ho lōna moo lentsoe la Molimo le ileng la tsoa,+ kapa na ke feela ho fihlela ho lōna moo le ileng la fihla?
37 Haeba leha e le mang a nahana hore ke moprofeta kapa hore o na le mpho ea moea, a ke a bolele hore o ela hloko lintho tseo ke le ngollang tsona, hobane ke taelo ea Morena.+ 38 Empa haeba leha e le mang a hloka tsebo, o tsoela pele a hloka tsebo. 39 Ka lebaka leo, barab’eso, le ’ne le batle ka cheseho ho profeta,+ ’me leha ho le joalo le se ke la hanela ho bua maleme.+ 40 Empa lintho tsohle li ke li etsahale ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.+
15 Barab’eso, joale ke le tsebisa litaba tse molemo+ tseo ke ileng ka le bolella tsona,+ tseo hape le ileng la li amohela, tseo hape le emeng ho tsona,+ 2 tseo hape le ntseng le pholosoa+ ka tsona, ka puo eo ke ileng ka le bolella litaba tse molemo ka eona, haeba le li tšoere ka tieo, ntle le haeba, ka sebele, le ile la ba balumeli ntle ho morero.+
3 Etsoe ke ile ka le neha, har’a lintho tsa pele, seo le ’na ke ileng ka se amohela,+ hore Kreste o ile a shoela libe tsa rōna ho ea ka Mangolo;+ 4 le hore o ile a patoa,+ e, hore o tsositsoe+ ka letsatsi la boraro+ ho ea ka Mangolo;+ 5 le hore o ile a bonahala ho Kefase,+ ea ntan’o ba ho ba leshome le metso e ’meli.+ 6 Ka mor’a moo a bonahala ho barab’abo rōna ba ka holimo ho makholo a mahlano ka nako e le ’ngoe, bao boholo ba bona ba setseng ho fihlela joale,+ empa ba bang ba robetse lefung. 7 Ka mor’a moo a bonahala ho Jakobo,+ ea ntan’o ba ho baapostola+ bohle; 8 empa qetellong ho bohle a bonahala le ho ’na+ joalokaha eka ke ho ea hlahileng pele ho nako.
9 Etsoe ke e monyenyane+ ho baapostola, ’me ha ke tšoanelehe ho bitsoa moapostola, hobane ke ile ka hlorisa+ phutheho ea Molimo. 10 Empa ke seo ke leng sona ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo.+ Mosa o sa tšoanelang oa hae o neng o lebile ho ’na ha ea ka ea e-ba lefeela,+ empa ke ile ka sebetsa ho ba feta kaofela,+ leha ho le joalo hase ’na empa ke mosa o sa tšoanelang oa Molimo o nang le ’na.+ 11 Leha ho le joalo, ebang ke ’na kapa bona, re bolela tjena ’me le lumetse+ tjena.
12 Joale haeba Kreste o ntse a boleloa hore o tsositsoe bafung,+ ho tla joang hore ba bang har’a lōna ba re ha ho na tsoho ea bafu?+ 13 Ka sebele, haeba ha ho na tsoho ea bafu, le Kreste ha aa tsosoa.+ 14 Empa haeba Kreste ha aa tsosoa, ka sebele boboleli ba rōna ke lefeela, le tumelo ea rōna ke lefeela.+ 15 Ho feta moo, hape re fumanoa re le lipaki tsa bohata tsa Molimo,+ hobane re pakile+ khahlanong le Molimo hore o ile a tsosa Kreste,+ empa eo a sa kang a mo tsosa haeba ka sebele bafu ba ke ke ba tsosoa.+ 16 Etsoe haeba bafu ba ke ke ba tsosoa, le Kreste ha aa tsosoa. 17 Ho ekelletsa moo, haeba Kreste ha aa tsosoa, tumelo ea lōna ha e na thuso; le sa ntse le le libeng+ tsa lōna. 18 Ha e le hantle, hape, ba ileng ba robala lefung bonngoeng+ le Kreste ba ile ba timela.+ 19 Haeba re tšepile Kreste+ bophelong bona feela, re ba haulang ka ho fetisisa ho batho bohle.
20 Leha ho le joalo, joale Kreste o tsositsoe bafung,+ litholoana tsa pele+ ho ba robetseng lefung.+ 21 Etsoe kaha lefu+ le teng ka motho, tsoho+ ea bafu le eona e teng ka motho. 22 Etsoe feela joalokaha ka Adama bohle ba shoa,+ kahoo hape bohle ba tla phelisoa ka Kreste.+ 23 Empa e mong le e mong boemong ba hae: Kreste ke litholoana tsa pele,+ ka mor’a moo bao e leng ba Kreste nakong ea ho ba teng ha hae.+ 24 Ka mor’a moo, e be bofelo, ha a nehelana ka ’muso ho Molimo le Ntat’ae, ha a entse puso eohle le bolaoli bohle le matla lefeela.+ 25 Kaha o tla busa e le morena ho fihlela Molimo a behile lira tsohle tlas’a maoto+ a hae. 26 E le sera sa ho qetela, lefu le tla etsoa lefeela.+ 27 Etsoe Molimo “o ile a beha lintho tsohle ka tlas’a maoto a hae.”+ Empa ha a re ‘lintho tsohle li behiloe tlaase,’+ ho totobetse hore ke kantle ho ea ileng a beha lintho tsohle tlas’a hae.+ 28 Empa ha lintho tsohle li tla be li behiloe tlas’a hae,+ joale Mora le eena o tla ipeha tlas’a Ea+ ileng a beha lintho tsohle tlas’a hae, e le hore Molimo e ka ba lintho tsohle ho e mong le e mong.+
29 Ho seng joalo, ba tla etsa’ng ba ntseng ba kolobetsoa ka morero oa ho ba ba shoeleng?+ Haeba bafu ba ke ke ba tsosoa ho hang,+ ke hobane’ng ha le bona ba ntse ba kolobetsoa+ ka morero oa ho ba ba joalo? 30 Ke hobane’ng ha le rōna re le kotsing ka hora e ’ngoe le e ’ngoe?+ 31 Letsatsi le leng le le leng ke talimana le lefu.+ Hona ke ho bolela ka tieo ka thabo e khaphatsehang+ ka lōna, barab’eso, eo ke nang le eona ho Kreste Jesu Morena oa rōna. 32 Haeba, joaloka batho, ke loanne le libata Efese,+ ke ha molemo oa eng ho ’na? Haeba bafu ba ke ke ba tsosoa, “a re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.”+ 33 Le se ke la thetsoa. Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.+ 34 Tsohang le hlaphoheloe+ ka tsela e lokileng ’me le se ke la tloaela ho etsa sebe, etsoe ba bang ha ba na tsebo ea Molimo.+ Ke bua ho le susumelletsa ho hlajoa ke lihlong.+
35 Leha ho le joalo, e mong o tla re: “Bafu ba tla tsosoa joang? E, ba tla ka ’mele oa mofuta ofe?”+ 36 Uena motho ea se nang kahlolo e molemo! Seo u se jalang ha se phelisoe ntle le hore pele se shoe;+ 37 ha e le ka seo u se jalang, ha u jale ’mele o tla hlaha, empa u jala thollo e feela,+ e ka ’na ea e-ba, ea koro kapa leha e le efe ea tse ling kaofela; 38 empa Molimo o e fa ’mele+ feela joalokaha ho mo khahlile,+ ’me e ’ngoe le e ’ngoe ea lipeō o e fa ’mele oa eona. 39 Hase nama eohle eo e leng nama e tšoanang, empa ho na le ea moloko oa batho, ’me ho na le nama e ’ngoe ea likhomo, le nama e ’ngoe ea linonyana, le e ’ngoe ea litlhapi.+ 40 Ho na le ’mele ea leholimo,+ le ’mele+ ea lefatše; empa khanya+ ea ’mele ea leholimo ke mofuta o mong, ’me ea ’mele ea lefatše ke mofuta o fapaneng. 41 Khanya ea letsatsi+ ke mofuta o mong, ’me khanya ea khoeli+ ke o mong, ’me khanya ea linaleli+ ke o mong; ha e le hantle, naleli e fapana le naleli ka khanya.
42 Le tsoho ea bafu+ e joalo. O jaloa o le ho boleng, o tsosoa o le ho se boleng.+ 43 O jaloa o le ho hlompholoheng,+ o tsosoa o le khanyeng.+ O jaloa o le ho fokoleng,+ o tsosoa o le matleng.+ 44 O jaloa e le ’mele oa nama,+ o tsosoa e le ’mele oa moea.+ Haeba ho na le ’mele oa nama, ho boetse ho na le oa moea. 45 Ho bile ho ngoliloe joalo: “Motho oa pele Adama e ile ea e-ba moea o phelang.”+ Adama oa ho qetela ea e-ba moea+ o fanang ka bophelo.+ 46 Leha ho le joalo, sa pele hase sa moea, empa ke sa nama, ka mor’a moo ke sa moea.+ 47 Motho oa pele o tsoa lefatšeng ’me o entsoe ka lerōle;+ motho oa bobeli o tsoa leholimong.+ 48 Kamoo ea entsoeng ka lerōle+ a leng kateng, ba entsoeng ka lerōle le bona ba joalo; kamoo oa leholimo+ a leng kateng, ba leholimo le bona ba joalo.+ 49 Feela joalokaha re jere setšoantšo+ sa ea entsoeng ka lerōle, hape re tla jara setšoantšo+ sa oa leholimo.
50 Leha ho le joalo, ke bolela sena, barab’eso, hore nama le mali li ke ke tsa rua ’muso oa Molimo,+ hape ho bola ho ke ke ha rua ho se bole.+ 51 Bonang! Ke le bolella sephiri se halalelang: Re ke ke ra robala bohle lefung, empa bohle re tla fetoloa,+ 52 ka motsotsoana, ka ho panya ha leihlo, nakong ea terompeta ea ho qetela. Etsoe terompeta+ e tla lla, ’me bafu ba tla tsosoa ba ke ke ba bola, ’me re tla fetoloa. 53 Etsoe sena se ka bolang se tla apara ho se bole,+ ’me sena se shoang+ se tla apara ho se shoe. 54 Empa ha sena se ka bolang se apara ho se bole ’me sena se shoang se apara ho se shoe, joale ho tla etsahala polelo e ngoliloeng: “Lefu+ le metsitsoe ka ho sa feleng.”+ 55 “Lefu, tlhōlo ea hao e hokae? Lefu, motsu oa hao o hokae?”+ 56 Motsu+ o hlahisang lefu ke sebe, empa matla bakeng sa sebe ke Molao.+ 57 Empa ho ke ho lebohuoe Molimo, kaha o re fa tlhōlo ka Morena oa rōna Jesu Kreste!+
58 Ka lebaka leo, barab’eso ba ratoang, le be ba tiileng,+ ba sa sutheng, kamehla le e-na le ho hongata hoo le ka ho etsang mosebetsing oa Morena,+ le tseba hore mosebetsi oa lōna hase oa lefeela+ mabapi le Morena.
16 Joale malebana le koleke+ e bakeng sa bahalaleli,+ feela joalokaha ke ile ka fana ka litaelo ho liphutheho tsa Galatia,+ le etse ka tsela eo le lōna. 2 Letsatsi le leng le le leng la pele la beke e mong le e mong oa lōna ka tlung ea hae a ke a behelle ka thōko ho hong ho bolokiloeng kamoo ebang o atleha kateng, e le hore ha ke fihla likoleke li tle li se ke tsa etsoa ka nako eo. 3 Empa ha ke fihla moo, banna bafe kapa bafe bao le ba lumellang ka mangolo,+ ke tla ba roma ho isa mpho ea lōna e mosa Jerusalema. 4 Leha ho le joalo, haeba ho loketse hore le ’na ke ee teng, ba tla ea teng le ’na.
5 Empa ke tla tla ho lōna ha ke phollelitse le Macedonia, kaha ke pholletsa le Macedonia;+ 6 mohlomong ke tla lula kapa ke be ke hlole mariha le lōna, e le hore le ka mphelehetsa+ sebaka se itseng ho ea moo ebang ke ea teng. 7 Etsoe ha ke batle ho le bona hona joale ha ke feta, kaha ke tšepa ho lula le lōna nako e itseng,+ haeba Jehova+ a ho lumella.+ 8 Empa ke lutse Efese+ ho fihlela moketeng oa Pentekonta; 9 etsoe ke buletsoe monyako o moholo o isang tšebetsong,+ empa ho na le bahanyetsi ba bangata.
10 Leha ho le joalo, haeba Timothea+ a fihla, le tiise hore a se ke a ba le tšabo har’a lōna, kaha o etsa mosebetsi oa Jehova,+ esita le joalokaha ke o etsa. 11 Ka hona, ho se ke ha e-ba le ea mong ea mo shebelang tlaase.+ Mo felehetseng sebaka se itseng ka khotso, e le hore a ka fihla mona ho ’na, kaha ke mo letetse ke e-na le barab’abo rōna.
12 Joale malebana le mor’abo rōna Apolose,+ ke ile ka mo kōpa ka tieo haholo hore a tle ho lōna le barab’abo rōna, ’me leha ho le joalo e ne e se thato ea hae ho hang ho tla hona joale; empa o tla tla ha a e-na le monyetla.
13 Lulang le falimehile,+ le eme le tiile tumelong,+ le tsoele pele joaloka banna,+ le be matla.+ 14 Litaba tsohle tsa lōna li ke li etsahale ka lerato.+
15 Joale kea le eletsa, barab’eso: lea tseba hore ba ntlo ea Setefanase ke litholoana tsa pele+ tsa Akaia le hore ba ile ba ikhethela ho sebeletsa bahalaleli.+ 16 E se eka le lōna le ka tsoela pele ho ipeha tlas’a batho ba mofuta oo le tlas’a e mong le e mong ea nang le tšebelisano-’moho hape le ea sebetsang.+ 17 Empa ke thabela ho ba teng ha Setefanase+ le Fortunatase le Akaikase, hobane ba koetse sekheo sa ho se be teng ha lōna mona. 18 Etsoe ba khatholotse moea+ oa ka le meea ea lōna. Ka hona elang banna ba mofuta oo hloko.+
19 Liphutheho tsa Asia li le romela litumeliso.+ Akuila le Priska hammoho le phutheho e ka tlung+ ea bona ba le lumelisa ka pelo eohle Moreneng. 20 Barab’abo rōna bohle baa le lumelisa. Lumelisanang ka kako e halalelang.+
21 Tumeliso ea ka ke ena, ea Pauluse, ka letsoho la ka.+
22 Haeba leha e le mang a sa rate Morena, a ke a rohakoe.+ Morena oa rōna, tloo!+ 23 E se eka mosa o sa tšoanelang oa Morena Jesu o ka ba le lōna. 24 E se eka lerato la ka le ka ba le lōna bohle bonngoeng le Kreste Jesu.