Tšenolo ho Johanne
1 Tšenolo+ ka Jesu Kreste, eo Molimo a ileng a mo fa eona,+ ho bontša makhoba+ a hae lintho tse tla etsahala haufinyane.+ O ile a roma lengeloi+ la hae ’me a e hlahisa ka lipontšo+ ka lona ho lekhoba la hae Johanne,+ 2 ea ileng a paka lentsoe leo Molimo a faneng ka lona+ le bopaki boo Jesu Kreste a faneng ka bona,+ esita le lintho tsohle tseo a ileng a li bona. 3 Ho thaba+ ea ballang holimo+ le ba utloang mantsoe a boprofeta bona,+ le ba bolokang lintho tse ngotsoeng ho bona;+ etsoe nako e behiloeng e haufi.+
4 Johanne ho liphutheho tse supileng+ tse seterekeng sa Asia:
E se eka le ka ba le mosa o sa tšoanelang le khotso e tsoang ho “Ea teng le ea neng a le teng le ea tlang,”+ le e tsoang ho meea+ e supileng e ka pel’a terone ea hae, 5 le e tsoang ho Jesu Kreste, “Paki e Tšepahalang,”+ “Letsibolo ho tsoa bafung,”+ le “’Musi oa marena a lefatše.”+
Ho ea re ratang+ le ea ileng a re lokolla libeng tsa rōna ka mali a hae+— 6 ’me a etsa hore re be ’muso,+ baprista+ ho Molimo le Ntat’ae—e, ho eena e be khanya le bonatla ka ho sa feleng.+ Amen.
7 Bonang! O tla ka maru,+ ’me leihlo le leng le le leng le tla mo bona,+ le ba mo hlabileng;+ ’me meloko eohle ea lefatše e tla ikotla ka ho sareloa ka lebaka la hae.+ E, Amen.
8 “Ke ’na Alfa le Omega,”+ ho bolela Jehova Molimo, “Ea teng le ea neng a le teng le ea tlang,+ Ea Matla ’Ohle.”+
9 ’Na Johanne, mor’abo lōna le ea kopanelang le lōna matšoenyehong+ le ’musong+ le mamellong+ hammoho le Jesu,+ ke ile ka ba sehlekehlekeng se bitsoang Patmose ka lebaka la ho bua ka Molimo le ho paka ka Jesu.+ 10 Ka pululelo+ ke ile ka ba+ letsatsing la Morena,+ ’me ka mor’a ka ka utloa lentsoe+ le matla le joaloka la terompeta, 11 le re: “Seo u se bonang u se ngole+ moqolong ’me u se romele liphuthehong tse supileng,+ e Efese+ le e Smyrna+ le e Pergame+ le e Thyatire+ le e Sarda+ le e Filadelfia+ le e Laodisia.”+
12 Ka reteleha hore ke bone lentsoe le neng le bua le ’na, ’me, ha ke retelehile, ka bona liluloana tsa mabone tsa khauta tse supileng,+ 13 ’me har’a liluloana tsa mabone ka bona e mong ea joaloka mor’a motho,+ a apere seaparo se fihlang tlaase maotong, ’me a itlamile sefubeng ka senyepa sa khauta. 14 Ho feta moo, hlooho ea hae le moriri oa hae li ne li le tšoeu+ joaloka boea bo bosoeu, joaloka lehloa, ’me mahlo a hae a le joaloka lelakabe la mollo;+ 15 maoto a hae a ne a le joaloka koporo+ e hloekileng ha e hlenne ka sebōping; ’me lentsoe+ la hae le ne le le joaloka molumo oa metsi a mangata. 16 Ka letsohong la hae le letona o ne a e-na le linaleli+ tse supileng, ’me molomong oa hae ho ne ho tsoa sabole+ e bohale, e telele e sehang ka nģa tse peli, ’me sefahleho sa hae se ne se le joaloka letsatsi ha le khanya ka matla a lona.+ 17 Ha ke mo bona, ka oela maotong a hae joaloka ea shoeleng.
A beha letsoho la hae le letona holim ’a ka ’me a re: “U se ke ua tšoha.+ Ke ’na oa Pele+ le oa ho Qetela,+ 18 le ea phelang;+ ’me ke ile ka shoa,+ empa, bona! ke phela ka ho sa feleng le kamehla,+ ’me ke na le linotlolo tsa lefu+ le tsa Hadese.+ 19 Ka hona ngola fatše lintho tseo u li boneng, le lintho tse teng le lintho tse tla etsahala ka mor’a tsena.+ 20 Ha e le sephiri se halalelang sa linaleli+ tse supileng tseo u li boneng letsohong la ka le letona, le sa liluloana tsa mabone tsa khauta tse supileng:+ Linaleli tse supileng li bolela mangeloi a liphutheho tse supileng, ’me liluloana tsa mabone tse supileng li bolela liphutheho tse supileng.+
2 “Ngolla lengeloi+ la phutheho e Efese+ u re: Tsena ke lintho tse boleloang ke ea tšoereng linaleli+ tse supileng ka letsohong la hae le letona, ea tsamaeang har’a liluloana tsa mabone tsa khauta tse supileng,+ 2 ‘Ke tseba liketso tsa hao,+ le mosebetsi le mamello ea hao, le hore ha u mamelle batho ba babe, le hore u leka+ ba reng ke baapostola,+ empa e se bona, ’me u ile ua ba fumana e le ba leshano. 3 Hape u bontša mamello,+ ’me u jere boima ka lebaka la lebitso+ la ka ’me ha ua khathala.+ 4 Leha ho le joalo, ke na le hona khahlanong le uena, hore u tlohetse lerato leo u neng u e-na le lona pele.+
5 “‘Ka hona hopola hore na u oele ho eng, u bake+ ’me u etse liketso tsa pele. Haeba u sa etse joalo, ke tla ho uena,+ ’me ke tla tlosa seluloana+ sa hao sa lebone sebakeng sa sona, ntle leha u baka. 6 Ho ntse ho le joalo, u hlile u na le sena, hore u hloile+ liketso tsa sehlopha sa bokhelohi sa Nikolase,+ tseo le ’na ke li hloileng. 7 Ea nang le tsebe a ke a utloe seo moea+ o se bolellang liphutheho: Ea hlōlang+ ke tla mo neha ho ja sefate sa bophelo,+ se paradeiseng ea Molimo.’
8 “Ngolla lengeloi+ la phutheho e Smyrna u re: Tsena ke lintho tse boleloang ke ‘oa Pele le oa ho Qetela,’+ ea ileng a shoa ’me a boela a phela,+ 9 ‘Ke tseba matšoenyeho le bofutsana ba hao—empa u ruile+—le nyefolo ea ba reng ke Bajuda,+ leha ho le joalo e se bona empa e le synagoge ea Satane.+ 10 U se ke ua tšaba lintho tseo u leng haufi le ho utloisoa bohloko ke tsona.+ Bona! Diabolose+ o tla ’ne a lahlele ba bang ba lōna chankaneng e le hore le ka lekoa ka ho feletseng,+ le hore le ka ba le matšoenyeho+ ka matsatsi a leshome. U tšepahale esita le ho isa lefung,+ ’me ke tla u fa moqhaka oa bophelo.+ 11 Ea nang le tsebe a ke a utloe+ seo moea+ o se bolellang liphutheho: Ea hlōlang+ ho hang a ke ke a ntšoa kotsi ke lefu la bobeli.’+
12 “Ngolla lengeloi la phutheho e Pergame u re: Tsena ke lintho tse boleloang ke ea nang le sabole e bohale, e telele e sehang ka nģa tse peli,+ 13 ‘Ke tseba moo u lulang teng, ke hore, moo terone ea Satane e leng teng; leha ho le joalo u ntse u tšoere lebitso la ka ka tieo,+ ’me ha ua ka ua latola tumelo ea hao ho ’na+ esita le matsatsing a Antipase, paki ea ka,+ ea tšepahalang, ea ileng a bolaoa+ haufi le lōna, moo Satane a lulang teng.
14 “‘Leha ho le joalo, ke na le lintho tse seng kae khahlanong le uena, hore moo u na le ba tšoereng ka tieo thuto ea Balame,+ ea ileng a qala ho ruta Balake+ ho beha khopiso ka pel’a bara ba Iseraele, hore ba je lintho tse hlabetsoeng litšoantšo tse rapeloang le ho etsa bohlola.+ 15 Kahoo le uena, u na le ba tšoereng ka tieo thuto ea sehlopha sa bokhelohi sa Nikolase+ ka ho tšoanang. 16 Ka hona baka.+ Haeba u sa bake, ke tla ho uena kapele, ’me ke tla loana+ le bona ka sabole e telele ea molomo oa ka.+
17 “‘Ea nang le tsebe a ke a utloe seo moea o se bolellang liphutheho:+ Ea hlōlang+ ke tla mo fa a mang a manna+ a patiloeng, ’me ke tla mo fa lejoana le chitja le lesoeu, ’me holim ’a lejoana leo le chitja lebitso+ le lecha le ngotsoeng leo ho seng ea le tsebang haese ea le amohelang.’+
18 “Ngolla lengeloi la phutheho e Thyatire+ u re: Tsena ke lintho tse boleloang ke Mora+ oa Molimo, eo mahlo a hae a leng joaloka lelakabe la mollo,+ le eo maoto a hae a leng joaloka koporo e hloekileng,+ 19 ‘Ke tseba liketso tsa hao, le lerato+ le tumelo le bosebeletsi le mamello ea hao, le hore liketso+ tsa hao tsa morao li feta tsa pele.+
20 “‘Leha ho le joalo, ke na le hona khahlanong le uena, hore u mamella mosali eane Jezebele,+ ea ipitsang moprofeta oa mosali, ’me o ruta+ le ho khelosa makhoba+ a ka hore a etse bohlola+ le hore a je lintho tse hlabetsoeng litšoantšo tse rapeloang.+ 21 Ke ile ka mo fa nako ea ho baka,+ empa ha a rate ho baka bohloleng ba hae.+ 22 Bona! Ke tla tloha ke mo lahlela betheng ea bokuli, ’me ba etsang bofebe le eena ke ba lahlele matšoenyehong a maholo, ntle leha ba baka liketsong tsa hae. 23 Ke tla bolaea bana ba hae ka lefu la seoa le bolaeang, e le hore liphutheho tsohle li tle li tsebe hore ke ’na ea phenyang liphio le lipelo, ’me ke tla le fa ka bomong ho ea ka liketso tsa lōna.+
24 “‘Leha ho le joalo, ke re ho ba bang kaofela ba lōna ba leng Thyatire, bohle ba se nang thuto ena, ba sa kang ba tseba “lintho tse tebileng tsa Satane,”+ kamoo ba bolelang kateng: Ha ke behe holim ’a lōna moroalo leha e le ofe o mong.+ 25 Leha ho le joalo, le tšoare ka tieo seo le nang le sona+ ho fihlela ke tla. 26 Ea hlōlang le ea bolokang liketso tsa ka ho fihlela bofelong+ ke tla mo fa matla holim ’a lichaba,+ 27 ’me o tla lisa batho ka molamu+ oa tšepe e le hore ba tle ba pshatloe likoto joaloka lijana+ tsa letsopa, joalokaha ke amohetse ho Ntate, 28 ’me ke tla mo fa naleli+ ea hoseng. 29 Ea nang le tsebe a ke a utloe seo moea+ o se bolellang liphutheho.’+
3 “Ngolla lengeloi+ la phutheho e Sarda u re: Tsena ke lintho tse boleloang ke ea nang le meea+ e supileng ea Molimo le linaleli+ tse supileng, ‘Ke tseba liketso tsa hao, hore u na le lebitso la hore ua phela, empa u shoele.+ 2 Lebela,+ ’me u matlafatse+ lintho tse setseng tse neng li se li tla shoa, kaha ha kea fumana liketso tsa hao li entsoe ka botlalo ka pel’a Molimo oa ka.+ 3 Ka hona, u tsoele pele ho hopola kamoo u amohetseng+ le kamoo u ileng ua utloa, ’me u tsoele pele ho ho boloka,+ ’me u bake.+ Ka sebele ntle le hore u tsohe,+ ke tla tla joaloka lesholu,+ ’me ho hang u ke ke ua tseba hore na ke tla tla ho uena ka hora efe.+
4 “‘Leha ho le joalo, u na le mabitso+ a seng makae Sarda a sa kang a silafatsa+ liaparo tsa ’ona tsa ka ntle, ’me a tla tsamaea le ’na a apere tse tšoeu,+ hobane aa tšoaneleha.+ 5 Kahoo ea hlōlang+ o tla apesoa liaparo tsa ka ntle tse tšoeu;+ ho hang nke ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ea bophelo,+ empa ke tla bolela hore ke ela lebitso la hae hloko ka pel’a Ntate+ le ka pel’a mangeloi a hae.+ 6 Ea nang le tsebe a ke a utloe seo moea+ o se bolellang liphutheho.’
7 “Ngolla lengeloi+ la phutheho e Filadelfia u re: Tsena ke lintho tse boleloang ke ea halalelang,+ oa ’nete,+ ea nang le senotlolo sa Davida,+ ea bulang e le hore ho se ke ha e-ba le ea tla koala, ’me a koala e le hore ho se ke ha e-ba le ea bulang, 8 ‘Ke tseba liketso tsa hao+—bona! ke behile ka pel’a hao monyako o bulehileng,+ oo ho seng ea ka o koalang—hore u na le matla a manyenyane, ’me u ile ua boloka lentsoe la ka ’me u bile le ’nete lebitsong la ka.+ 9 Bona! Ke tla fana ka ba tsoang synagogeng ea Satane ba reng ke Bajuda,+ empa leha ho le joalo e se bona empa ba bua leshano+—bona! ke tla etsa hore ba tle ’me ba iname+ ka pel’a maoto a hao le ho ba tsebisa hore ke u ratile. 10 Kahobane u ile ua boloka lentsoe le mabapi le mamello+ ea ka, le ’na ke tla u phemisa+ hora ea teko, e tla tlela lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona, ho beha teko holim ’a ba lulang lefatšeng.+ 11 Ke tla kapele.+ U ’ne u tšoare ka tieo seo u nang le sona,+ e le hore ho se ke ha e-ba le ea ka nkang moqhaka oa hao.+
12 “‘Ea hlōlang—ke tla mo etsa tšiea+ ka tempeleng+ ea Molimo+ oa ka, ’me ho hang a ke ke a hlola a tsoa ka ho eona, ’me ke tla ngola holim ’a hae lebitso la Molimo oa ka le lebitso la motse oa Molimo oa ka, Jerusalema+ e mocha ea theohang a tsoa leholimong ho Molimo oa ka, le lebitso lane la ka le lecha.+ 13 Ea nang le tsebe a ke a utloe seo moea+ o se bolellang liphutheho.’
14 “Ngolla lengeloi la phutheho e Laodisia+ u re: Tsena ke lintho tse boleloang ke Amen,+ paki+ e tšepahalang+ le ea ’nete,+ tšimoloho ea pōpo ea Molimo,+ 15 ‘Ke tseba liketso tsa hao, hore ha u bate ha u chese. Ke lakatsa eka u ka be u bata kapa ho seng joalo u chesa. 16 Kahoo, kahobane u foofo ’me ha u chese+ ha u bate,+ ke tla u hlatsa molomong oa ka. 17 Hobane u re: “Ke ruile+ ’me ke fumane maruo ’me ho hang ha ke hloke letho,” empa ha u tsebe hore u sōtō ’me ua haula ebile u mofutsana ’me u foufetse+ ebile u hlobotse, 18 ke u eletsa hore u reke ho ’na khauta+ e hloekisitsoeng ka mollo e le hore u ka ba ea ruileng, le liaparo tsa ka ntle tse tšoeu e le hore u ka apara le hore lihlong tsa ho hlobola ha hao li se ke tsa bonahala,+ le moriana o tlolang mahlo hore u o pikitle mahlong+ e le hore u ka bona.
19 “‘Ke khalemela bohle bao ke ba ratang ’me kea ba laea.+ Ka hona cheseha ’me u bake.+ 20 Bona! Ke eme monyako+ ’me kea kokota. Haeba mang kapa mang a utloa lentsoe la ka ’me a bula monyako,+ ke tla kena ka tlung ea hae ’me ke je lijo tsa shoalane le eena ’me eena a li je le ’na. 21 Ea hlōlang+ ke tla mo neha ho lula le ’na teroneng+ ea ka, esita le joalokaha ke ile ka hlōla ’me ka lula+ le Ntate teroneng ea hae.+ 22 Ea nang le tsebe a ke a utloe seo moea+ o se bolellang liphutheho.’”+
4 Ka mor’a lintho tsena ka talima, ’me, bonang! monyako o bulehileng leholimong, ’me lentsoe la pele leo ke ileng ka le utloa le ne le le joaloka la terompeta,+ le bua le ’na, le re: “Nyolohela mona,+ ’me ke tla u bontša lintho tse tla etsahala.”+ 2 Ka mor’a lintho tsena kapele-pele ka ba matleng a moea: bonang! terone+ e ne e le boemong ba eona leholimong,+ ’me ho na le ea lutseng teroneng.+ 3 Ea lutseng, ka ponahalo,+ o joaloka lejoe la jaspere+ le lejoe la bohlokoa le ’mala o mofubelu, ’me ho pota-pota terone ho na le mookoli+ o joaloka emeralde+ ka ponahalo.
4 Ho pota-pota terone ho na le literone tse mashome a mabeli a metso e mene, ’me literoneng+ tsena ka bona ho lutse baholo+ ba mashome+ a mabeli a metso e mene ba apere liaparo tsa ka ntle tse tšoeu,+ ’me ba roetse meqhaka ea khauta lihloohong tsa bona.+ 5 Teroneng ho tsoa mahalima+ le mantsoe le lialuma;+ ’me ho na le mabone+ a supileng a mollo a tukang ka pel’a terone, ’me a bolela meea+ e supileng ea Molimo. 6 Ka pel’a terone ho na le ho joaloka leoatle+ le kang khalase le joaloka kristale.
Har’a terone le ho pota terone ho na le libōpuoa+ tse phelang tse ’nè tse tletseng mahlo ka pele le ka morao. 7 Sebōpuoa se phelang sa pele se joaloka tau,+ ’me sebōpuoa se phelang sa bobeli se joaloka pohoana,+ ’me sebōpuoa+ se phelang sa boraro se na le sefahleho se joaloka sa motho, ’me sebōpuoa+ se phelang sa bone se joaloka ntsu+ e fofang. 8 Ha e le libōpuoa tse phelang tse ’nè,+ se seng le se seng sa tsona se na le mapheo a tšeletseng;+ ho li pota-pota le ka tlaase li tletse mahlo.+ Bosiu le motšehare ha li phomole ha li ntse li re: “Oa halalela, oa halalela, oa halalela Jehova+ Molimo, ea Matla+ ’Ohle, ea neng a le teng le ea teng+ le ea tlang.”
9 Neng kapa neng ha libōpuoa tse phelang li fana ka thoriso le tlhompho le liteboho+ ho Ea lutseng teroneng,+ Ea phelang ka ho sa feleng le kamehla,+ 10 baholo+ ba mashome a mabeli a metso e mene ba itihela fatše ka pel’a Ea lutseng teroneng ’me ba rapela+ Ea phelang ka ho sa feleng le kamehla, ’me ba lahlela meqhaka ea bona ka pel’a terone, ba re: 11 “Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya+ le tlhompho+ le matla,+ hobane u bōpile lintho tsohle,+ ’me ka lebaka la thato ea hao+ li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.”+
5 Ka letsohong le letona la Ea lutseng teroneng+ ka bona moqolo o ngotsoeng ka hare le ka ntle,+ o tiisitsoeng+ ka thata ka litiiso tse supileng. 2 Ka bona lengeloi le matla le phatlalatsa ka lentsoe le phahameng: “Ke mang ea tšoanelehang ho bula moqolo le ho lokolla litiiso tsa oona?” 3 Empa leha e le leholimong kapa lefatšeng kapa ka tlaase ho lefatše ho ne ho se le ea mong ea khonang ho bula moqolo kapa ho sheba ka hare ho oona. 4 Ka lla haholo ka lebaka la hore ho ne ho se ea fumanoeng a tšoaneleha ho bula moqolo kapa ho sheba ka hare ho oona.+ 5 Empa e mong oa baholo o re ho ’na: “Khaotsa ho lla. Bona! Tau ea moloko oa Juda,+ motso+ oa Davida,+ e hlōtse+ e le hore e bule moqolo le litiiso tsa oona tse supileng.”
6 Har’a terone+ le libōpuoa tse phelang tse ’nè le har’a baholo+ ka bona ho eme konyana+ e le joalokaha eka e ne e hlabiloe,+ e e-na le linaka tse supileng le mahlo a supileng, e leng mahlo a bolelang meea+ e supileng ea Molimo e rometsoeng lefatšeng lohle. 7 Ea tloha ’me hang-hang ea o nka letsohong le letona la Ea lutseng teroneng.+ 8 Ha e nka moqolo, libōpuoa tse phelang tse ’nè le baholo+ ba mashome a mabeli a metso e mene ba itihela fatše ka pel’a Konyana, e mong le e mong a e-na le harepa+ le likotlolo tsa khauta tse neng li tletse libano, ’me libano+ li bolela lithapelo+ tsa bahalaleli. 9 Ba bina pina e ncha,+ ba re: “Ua tšoaneleha ho nka moqolo le ho bula litiiso tsa oona, hobane u ile ua hlajoa ’me ka mali+ a hao ua rekela+ Molimo+ batho molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le bathong ba bang le ba bang le sechabeng se seng le se seng, 10 ’me ua ba etsa hore e be ’muso+ le baprista+ ho Molimo+ oa rōna, ’me ba tla busa e le marena+ holim ’a lefatše.”
11 Ka talima, ’me ka utloa lentsoe la mangeloi a mangata ho pota terone le libōpuoa tse phelang le baholo, ’me palo ea ’ona e ne e le limiriade tsa limiriade+ le likete tsa likete,+ 12 a re ka lentsoe le phahameng: “Konyana e ileng ea hlajoa+ e tšoaneleha ho amohela bonatla le maruo le bohlale le matla le tlhompho le khanya le poko.”+
13 Ka utloa sebōpuoa se seng le se seng se leholimong le lefatšeng le ka tlaase ho lefatše+ le leoatleng, le lintho tsohle tse ho tsona, se re: “Ho Ea lutseng teroneng+ le ho Konyana+ e be poko le tlhompho+ le khanya+ le bonatla ka ho sa feleng le kamehla.” 14 Libōpuoa tse phelang tse ’nè tsa qala ho re: “Amen!” ’me baholo+ ba itihela fatše ba rapela.+
6 Ka bona ha Konyana+ e bula e ’ngoe ea litiiso tse supileng,+ ’me ka utloa se seng sa libōpuoa+ tse phelang tse ’nè se re ka lentsoe le kang la sealuma: “Tloo!”+ 2 Ka talima, ’me, bonang! pere e tšoeu;+ ea e palameng+ o ne a e-na le seqha;+ a fuoa moqhaka,+ ’me a tloha e le ea hlōlang+ le hore a phethe tlhōlo ea hae.+
3 Ha e bula tiiso ea bobeli, ka utloa sebōpuoa+ se phelang sa bobeli se re: “Tloo!” 4 E ’ngoe ea tsoa, pere e ’mala oa mollo; ea e palameng a nehoa hore a tlose khotso lefatšeng e le hore ba ka bolaeana; ’me a fuoa sabole e khōlō.+
5 Ha e+ bula tiiso ea boraro, ka utloa sebōpuoa+ se phelang sa boraro se re: “Tloo!” Ka talima, ’me, bonang! pere e ntšo; ea lutseng holim ’a eona o ne a tšoere sekala+ letsohong. 6 Ka utloa lentsoe le joalokaha eka le har’a+ libōpuoa+ tse phelang tse ’nè le re: “Lithara ea koro ka denari,+ le lilithara tse tharo tsa harese ka denari; ’me u se ke ua senya oli ea mohloaare le veine.”+
7 Ha e bula tiiso ea bone, ka utloa lentsoe la sebōpuoa+ se phelang sa bone le re: “Tloo!” 8 Ka talima, ’me, bonang! pere e botala bo bosehla; ’me lebitso la ea e palameng e ne e le Lefu. Hadese+ e ne e mo latela haufi-ufi. Tsa fuoa matla holim ’a karolo ea bone ea lefatše, hore li bolaee ka sabole+ e telele le ka khaello+ ea lijo le ka lefu la seoa le bolaeang le ka libatana+ tsa lefatše.
9 Ha e bula tiiso ea bohlano, ka bona ka tlaase ho aletare+ meea+ ea ba bolailoeng+ ka lebaka la lentsoe la Molimo le ka lebaka la mosebetsi oa bopaki+ oo ba neng ba e-na le oona. 10 Ba hoeletsa ka lentsoe le phahameng, ba re: “’Musi Morena+ ea halalelang le oa ’nete,+ u tla ithiba ho fihlela neng ho ahlola+ le ho pheteletsa mali+ a rōna holim ’a ba lulang lefatšeng?” 11 E mong le e mong oa bona a fuoa seaparo se selelele sa ka holimo se sesoeu;+ ’me ba bolelloa hore ba phomole ka nakoana e eketsehileng, ho fihlela ha palo e tlatsitsoe le ea makhoba-’moho le bona le barab’abo bona ba neng ba le haufi le ho bolaoa+ joalokaha le bona ba ne ba bolailoe.
12 Ka bona ha e bula tiiso ea botšelela, ’me tšisinyeho e khōlō ea lefatše ea e-ba teng; letsatsi la e-ba letšo joaloka lesela la mokotla+ la boea, ’me khoeli eohle ea e-ba joaloka mali,+ 13 ’me linaleli tsa leholimo tsa oela lefatšeng, joalokaha sefate sa feiga se sisinngoang ke moea o matla se lahla lifeiga tsa sona tse sa butsoang. 14 Leholimo la tloha joaloka moqolo o ntseng o menoa,+ ’me thaba e ’ngoe le e ’ngoe le sehlekehleke se seng le se seng tsa tlosoa libakeng tsa tsona.+ 15 Marena a lefatše le ba boemong bo ka sehloohong le balaoli ba sesole le ba ruileng le ba matla le lekhoba le leng le le leng le motho e mong le e mong ea lokolohileng ba ipata mahaheng le mafikeng+ a lithaba. 16 Ba ntse ba re ho lithaba le ho mafika: “Re oeleng holimo+ ’me le re pate sefahlehong sa Ea lutseng teroneng+ le khalefong ea Konyana,+ 17 hobane letsatsi le leholo+ la khalefo+ ea bona le tlile, ’me ke mang ea ka khonang ho ema?”+
7 Ka mor’a sena ka bona mangeloi+ a mane a eme likhutlong tse ’nè tsa lefatše, a tšoere ka tieo meea+ e mene ea lefatše, e le hore ho se ke ha e-ba le moea o ka fokang lefatšeng kapa leoatleng kapa sefateng leha e le sefe.+ 2 Ka bona lengeloi le leng le nyoloha bochaba-tsatsi,+ le e-na le tiiso ea Molimo ea phelang;+ la hoeletsa ka lentsoe le phahameng mangeloi a mane a neng a nehiloe hore a senye lefatše le leoatle, 3 la re: “Le se ke la senya lefatše kapa leoatle kapa lifate, ho fihlela ka mor’a hore re tiise+ makhoba a Molimo oa rōna liphatleng tsa ’ona.”+
4 Ka utloa palo ea ba neng ba tiisitsoe, likete tse lekholo le mashome a mane a metso e mene,+ ba tiisitsoeng molokong+ o mong le o mong oa bara ba Iseraele:+
5 Molokong oa Juda+ ho tiisitsoe ba likete tse leshome le metso e ’meli;
molokong oa Rubene+ ba likete tse leshome le metso e ’meli;
molokong oa Gade+ ba likete tse leshome le metso e ’meli;
6 molokong oa Ashere+ ba likete tse leshome le metso e ’meli;
molokong oa Nefthali+ ba likete tse leshome le metso e ’meli;
molokong oa Manase+ ba likete tse leshome le metso e ’meli;
7 molokong oa Simeone+ ba likete tse leshome le metso e ’meli;
molokong oa Levi+ ba likete tse leshome le metso e ’meli;
molokong oa Isakare+ ba likete tse leshome le metso e ’meli;
8 molokong oa Zabulone+ ba likete tse leshome le metso e ’meli;
molokong oa Josefa+ ba likete tse leshome le metso e ’meli;
molokong oa Benjamine+ ho tiisitsoe ba likete tse leshome le metso e ’meli.+
9 Ka mor’a lintho tsena ka talima, ’me, bonang! bongata bo boholo,+ boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala, bo tsoa lichabeng+ tsohle le melokong eohle le bathong bohle+ le malemeng+ ’ohle, bo eme ka pel’a terone+ le ka pel’a Konyana, bo apere liaparo tse telele tsa ka holimo tse tšoeu;+ ’me ho ne ho e-na le makala+ a palema matsohong a bona. 10 Bo ntse bo hoeletsa ka lentsoe le phahameng, bo re: “Poloko ea rōna e tsoa ho Molimo oa rōna,+ ea lutseng teroneng,+ le Konyana.”+
11 Mangeloi+ kaofela a ne a eme a potile terone le baholo+ le libōpuoa+ tse phelang tse ’nè, eaba a itihela fatše ka lifahleho ka pel’a terone ’me a rapela Molimo,+ 12 a re: “Amen! Poko le khanya le bohlale le liteboho le tlhompho le bonatla+ le matla li be ho Molimo oa rōna ka ho sa feleng le kamehla. Amen.”+
13 Ha e mong oa baholo+ a arabela a re ho ’na: “Bana ba apereng liaparo+ tse telele tsa ka holimo tse tšoeu, ke bo-mang ’me ba tsoa hokae?” 14 Kahoo hang-hang ka re ho eena: “Moren ’a ka, ke uena ea tsebang.” A re ho ’na: “Bana ke ba tsoang matšoenyehong+ a maholo, ’me ba hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo ’me ba li soeufalitse+ maling+ a Konyana. 15 Ke ka lebaka leo ba leng ka pel’a+ terone ea Molimo; ’me ba mo etsetsa tšebeletso+ e halalelang bosiu le motšehare ka tempeleng ea hae; ’me Ea lutseng teroneng+ o tla ala tente+ ea hae holim ’a bona. 16 Ba ke ke ba hlola ba lapa kapa ba nyoroa, kapa ba bataoloa ke letsatsi kapa mocheso leha e le ofe o tlabolang,+ 17 hobane Konyana,+ e leng har’a terone, e tla ba lisa,+ ’me e tla ba tataisetsa lilibeng tsa metsi+ a bophelo. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.”+
8 Ha e+ bula tiiso ea bosupa,+ ha e-ba le khutso leholimong hoo e ka bang halofo ea hora. 2 Ka bona mangeloi+ a supileng a emang ka pel’a Molimo, ’me a fuoa literompeta tse supileng.
3 Lengeloi le leng la fihla ’me la ema aletareng,+ le e-na le sejana sa libano sa khauta; la fuoa libano+ tse ngata hore le li nyehele le lithapelo tsa bahalaleli bohle holim ’a aletare ea khauta e neng e le ka pel’a terone. 4 Mosi oa libano oa nyoloha letsohong la lengeloi hammoho le lithapelo+ tsa bahalaleli ka pel’a Molimo. 5 Empa hang-hang lengeloi la nka sejana sa libano, ’me la se tlatsa o mong oa mollo+ oa aletare ’me la o lihela lefatšeng.+ Ha e-ba le lialuma+ le mantsoe le mahalima+ le tšisinyeho ea lefatše.+ 6 Mangeloi a supileng a nang le literompeta+ tse supileng+ a lokisetsa ho li letsa.
7 La pele la letsa terompeta ea lona. Ha e-ba le sefako le mollo+ o tsoakaneng le mali, ’me tsa liheloa lefatšeng; karolo ea boraro ea lefatše ea cha,+ le karolo ea boraro ea lifate ea cha, le limela+ tsohle tse tala tsa cha.
8 Lengeloi la bobeli la letsa terompeta ea lona. Ho hong ho joaloka thaba+ e khōlō e tukang mollo ha liheloa ka leoatleng.+ Karolo ea boraro ea leoatle ea fetoha mali;+ 9 ’me karolo ea boraro ea libōpuoa tse leng ka leoatleng tse nang le meea ea shoa,+ le karolo ea boraro ea likepe ea senyeha.
10 Lengeloi la boraro la letsa terompeta ea lona. Naleli e khōlō e tukang joaloka lebone ea oa leholimong,+ ’me ea oela holim ’a karolo ea boraro ea linōka le holim ’a liliba tsa metsi.+ 11 Lebitso la naleli eo ke Lengana. Karolo ea boraro ea metsi ea fetoha lengana, ’me batho ba bangata ba shoa ke metsi ao, hobane a ne a entsoe hore a babe.+
12 Lengeloi la bone la letsa terompeta ea lona. Karolo ea boraro ea letsatsi ea otloa le karolo ea boraro ea khoeli le karolo ea boraro ea linaleli, e le hore karolo ea boraro ea tsona e ka fifala+ ’me motšehare o se ke oa e-ba le khanya karolong ea boraro+ ea oona, le bosiu ka ho tšoanang.
13 Ka talima, ’me ka utloa ntsu+ e fofang sebakeng+ e re ka lentsoe le phahameng: “Ho malimabe, ho malimabe, ho malimabe+ ba lulang lefatšeng ka lebaka la melumo e meng kaofela e tlerolang ea literompeta ea mangeloi a mararo a leng haufi le ho letsa literompeta tsa ’ona!”+
9 Lengeloi la bohlano la letsa terompeta ea lona.+ Ka bona naleli+ e neng e oetse lefatšeng e tsoa leholimong, ’me ea fuoa senotlolo+ sa sekoti sa mohohlo.+ 2 Ea bula sekoti sa mohohlo, ’me mosi+ oa nyoloha ka sekoting joaloka mosi oa sebōpi+ se seholo, ’me letsatsi la fifatsoa,+ le oona moea, ke mosi oa sekoti. 3 Ho tsoa mosing litsie+ tsa tsoela lefatšeng; ’me tsa fuoa matla, matla a tšoanang le ao liphepheng+ tsa lefatše li nang le ’ona. 4 Tsa bolelloa hore li se ke tsa senya limela tsa lefatše kapa ntho leha e le efe e tala kapa sefate leha e le sefe, haese feela batho ba se nang tiiso ea Molimo liphatleng tsa bona.+
5 Litsie tsa nehoa hore li se ke tsa ba bolaea, empa hore ba hlokofatsoe+ ka likhoeli tse hlano, ’me tlhokofatso ea bona e ne e tšoana le tlhokofatso ea phepheng+ ha e loma motho. 6 Matsatsing ao batho ba tla batla lefu+ empa ho hang ba ke ke ba le fumana, ’me ba tla lakatsa ho shoa empa lefu le ntse le ba balehela.
7 Sebōpeho sa litsie se ne se tšoana le lipere+ tse lokiselitsoeng ntoa; ’me lihloohong tsa tsona ho ne ho e-na le ho bonahalang e le meqhaka e joaloka khauta, ’me lifahleho tsa tsona li ne li le joaloka lifahleho tsa batho,+ 8 empa li ne li e-na le moriri o kang moriri oa basali.+ Meno a tsona a ne a le joaloka a litau;+ 9 ’me li ne li e-na le litšireletso+ tsa sefuba tse joaloka litšireletso tsa sefuba tsa tšepe. Molumo oa mapheo a tsona o ne o le joaloka molumo oa likoloi+ tsa lipere tse ngata tse mathelang ntoeng.+ 10 Hape, li na le mehatla le metsu joaloka liphepheng;+ ’me mehatleng ea tsona ho na le matla a tsona a ho ntša batho kotsi ka likhoeli tse hlano. 11 Li na le morena ea li okametseng, lengeloi la mohohlo.+ Ka Seheberu lebitso la lona ke Abadone, empa ka Segerike lebitso la lona ke Apolione.+
12 Bomalimabe bo bong bo fetile. Bonang! Bomalimabe+ bo bong hape bo habeli boa tla ka mor’a lintho tsena.
13 Lengeloi+ la botšelela la letsa terompeta ea lona.+ Ka utloa lentsoe+ le leng le tsoang manakeng a aletare+ ea khauta e ka pel’a Molimo 14 le re ho lengeloi la botšelela, le neng le e-na le terompeta: “Tlamolla mangeloi+ a mane a tlamiloeng+ nōkeng e khōlō ea Eufrate.”+ 15 Mangeloi ao a mane a tlamolloa, a lokiselitsoeng hora le letsatsi le khoeli le selemo, hore a bolaee karolo ea boraro ea batho.
16 Palo ea mabotho a bapalami ba lipere e ne e le limiriade tse peli tsa limiriade: Ke ile ka utloa palo ea ’ona. 17 Ona ke mokhoa oo ka oona ke ileng ka bona lipere ponong, le ba li palameng: ba ne ba e-na le litšireletso tsa sefuba tse bofubelu ba mollo le boputsoa ba hyasinthe le bosehla ba sebabole; lihlooho tsa lipere li ne li le joaloka lihlooho tsa litau,+ ’me melomong ea tsona ho ne ho tsoa mollo le mosi le sebabole.+ 18 Karolo ea boraro ea batho e ile ea bolaoa ka likotlo tsena tse tharo, ka mollo le mosi le sebabole se neng se tsoa melomong ea tsona. 19 Etsoe matla a lipere a melomong ea tsona le mehatleng ea tsona; kaha mehatla ea tsona e joaloka linoha+ ’me e na le lihlooho, ’me li ntša kotsi ka eona.
20 Empa batho ba bang kaofela ba sa kang ba bolaoa ke likotlo tsena ha baa ka ba bakela mesebetsi ea matsoho a bona,+ e le hore ba se ke ba rapela bademona+ le litšoantšo tse rapeloang tsa khauta le silevera+ le koporo le lejoe le lehong, tse ke keng tsa bona kapa tsa utloa kapa tsa tsamaea;+ 21 ’me ha baa ka ba bakela lipolao+ tsa bona kapa liketso tsa bona tsa ho sebelisana le meea+ kapa bohlola ba bona kapa bosholu ba bona.
10 Ka bona lengeloi+ le leng le matla le theoha leholimong, le apere leru,+ ’me mookoli o ne o le holim ’a hlooho ea lona, sefahleho sa lona se le joaloka letsatsi,+ ’me maoto+ a lona a le joaloka litšiea tsa mollo, 2 letsohong la lona le ne le tšoere moqolo o monyenyane o butsoeng. La beha leoto la lona le letona holim ’a leoatle, empa le letšehali la le beha holim ’a lefatše,+ 3 eaba le hoeletsa ka lentsoe le phahameng feela joaloka tau+ ha e puruma. Ha le hoeletsa, lialuma+ tse supileng tsa ntša mantsoe a tsona.
4 Joale ha lialuma tse supileng li bua, ke ne ke le lekhatheng la ho ngola; empa ka utloa lentsoe le tsoang leholimong+ le re: “Tiisa lintho+ tseo lialuma tse supileng li li buileng, ’me u se ke ua li ngola fatše.” 5 Lengeloi leo ke ileng ka le bona le eme holim ’a leoatle le holim ’a lefatše la phahamisetsa letsoho la lona le letona leholimong,+ 6 ’me la hlapanya ka Ea phelang+ ka ho sa feleng le kamehla,+ ea bōpileng leholimo le lintho tse ho lona le lefatše+ le lintho tse ho lona le leoatle le lintho tse ho lona,+ la re: “Ha ho sa tla hlola ho e-ba le tieho;+ 7 empa matsatsing a ha ho utloahala molumo oa lengeloi+ la bosupa, ha le le haufi le ho letsa terompeta+ ea lona, sephiri se halalelang+ sa Molimo ho ea ka litaba tse molemo tseo a ileng a li bolella makhoba a hae baprofeta+ ka sebele se fihlisoa qetellong.”
8 Lentsoe+ leo ke ileng ka le utloa le tsoa leholimong le boetse le bua le ’na le re: “E-ea, u nke moqolo o butsoeng o letsohong la lengeloi le emeng holim ’a leoatle le holim ’a lefatše.”+ 9 Ka tloha ka ea ho lengeloi ’me ka le bolella hore le mphe moqolo o monyenyane. La re ho ’na: “O nke ’me u o je,+ ’me o tla etsa hore mpa ea hao e babe, empa ka hanong la hao o tla ba monate joaloka mahe a linotši.” 10 Ka nka moqolo o monyenyane letsohong la lengeloi ka o ja,+ ’me ka hanong la ka o ne o le monate joaloka mahe a linotši;+ empa ha ke o jele, mpa ea ka ea baba. 11 Ba re ho ’na: “U boele u profete mabapi le batho le lichaba le maleme le marena a mangata.”+
11 Ka fuoa lehlaka le joaloka molamu+ ha le re: “Ema ’me u lekanye sehalalelo sa tempele+ sa Molimo le aletare le ba rapelang ka ho eona. 2 Empa ha e le lebala le ka ntle+ ho sehalalelo sa tempele, u le ntšetse ka ntle ka ho feletseng ’me u se ke ua le lekanya, hobane le fuoe lichaba,+ ’me li tla hatakela motse+ o halalelang tlas’a maoto ka likhoeli tse mashome a mane a metso e ’meli.+ 3 Ke tla etsa hore lipaki tsa ka tse peli+ li profete+ ka matsatsi a sekete le makholo a mabeli le mashome a tšeletseng li apere lesela la mokotla.”+ 4 Li tšoantšetsoa ke lifate+ tse peli tsa mohloaare le liluloana+ tse peli tsa mabone ’me li eme ka pel’a Morena oa lefatše.+
5 Haeba mang kapa mang a batla ho li ntša kotsi, mollo o tsoa melomong ea tsona ’me o harola lira tsa tsona;+ haeba mang kapa mang a ka batla ho li ntša kotsi, o tla bolaoa ka mokhoa ona. 6 Li na le matla a ho koala leholimo+ hore ho se ke ha e-ba le pula e ka nang+ ka matsatsi a ho profeta ha tsona, ’me li na le matla holim ’a metsi ho a fetola mali+ le ho otla lefatše ka kotlo ea mofuta o mong le o mong hangata kamoo li lakatsang kateng.
7 Ha li qetile ho paka, sebata se nyolohang ka mohohlong+ se tla loana le tsona ’me se li hlōle le ho li bolaea.+ 8 Litopo tsa tsona li tla ba tseleng e sephara ea motse o moholo oo ka kutloisiso ea moea o bitsoang Sodoma+ le Egepeta, moo Morena oa tsona le eena a ileng a khokhotheloa thupeng teng.+ 9 Batho le meloko le maleme le lichaba+ li tla sheba litopo tsa tsona ka matsatsi a mararo le halofo,+ ’me ha li lumelle hore litopo tsa tsona li behoe ka lebitleng. 10 Ba lulang lefatšeng ba thaba+ ka lebaka la tsona ’me baa ithabisa, ’me ba tla romellana limpho,+ hobane baprofeta bana ba babeli ba ile ba hlokofatsa ba lulang lefatšeng.
11 Ka mor’a matsatsi a mararo le halofo+ moea oa bophelo o tsoang ho Molimo oa kena ho tsona,+ ’me tsa ema ka maoto, eaba tšabo e khōlō e oela ba li bonang. 12 Tsa utloa lentsoe+ le phahameng le tsoang leholimong le re ho tsona: “Nyolohelang koano.”+ Tsa nyolohela leholimong ka leru, ’me lira tsa tsona tsa li bona. 13 Ka hora eo tšisinyeho e khōlō ea lefatše ea e-ba teng, ’me karolo ea leshome+ ea motse ea oa; batho ba likete tse supileng ba bolaoa ke tšisinyeho ea lefatše, ’me ba bang kaofela ba tšoha ’me ba tlotlisa Molimo oa leholimo.+
14 Bomalimabe+ ba bobeli bo fetile. Bonang! Bomalimabe ba boraro bo tla kapele.
15 Lengeloi la bosupa la letsa terompeta ea lona.+ Ha e-ba le mantsoe a phahameng leholimong, a re: “’Muso oa lefatše o fetohile ’muso oa Morena+ oa rōna le oa Kreste+ oa hae, ’me o tla busa e le morena ka ho sa feleng le kamehla.”+
16 Baholo+ ba mashome a mabeli a metso e mene ba neng ba lutse ka pel’a Molimo literoneng tsa bona ba itihela fatše ka lifahleho+ ’me ba rapela Molimo,+ 17 ba re: “Rea u leboha,+ Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle,+ Ea teng+ le ea neng a le teng, hobane u nkile matla+ a hao a maholo ’me u qalile ho busa u le morena.+ 18 Empa lichaba tsa halefa, ’me khalefo ea hao ea tla, le nako e behiloeng bakeng sa hore bafu ba ahloloe, le ho fa makhoba a hao baprofeta+ moputso+ oa ’ona le bahalaleli le ba tšabang lebitso la hao, ba banyenyane le ba baholo,+ le ho felisa ba senyang+ lefatše.”+
19 Sehalalelo sa tempele sa Molimo se leholimong+ sa buloa, ’me areka+ ea selekane sa hae ea bonoa ka sehalalelong sa hae sa tempele.+ Ha e-ba le mahalima le mantsoe le lialuma le tšisinyeho ea lefatše le sefako se seholo.
12 Ha bonoa pontšo+ e khōlō leholimong, mosali+ ea apereng letsatsi, ’me khoeli e ne e le ka tlas’a maoto a hae, ’me a roetse moqhaka oa linaleli tse leshome le metso e ’meli hloohong, 2 ’me e ne e le moimana. O hoeletsa a le mahlabeng+ a hae le bohlokong ba hae bo otlang pelo ba ho beleha.
3 Ha bonoa pontšo e ’ngoe leholimong, ’me, bonang! drakone e khōlō e ’mala oa mollo,+ e nang le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome le mefapa-hlooho e supileng lihloohong tsa eona; 4 mohatla+ oa eona o hulanya karolo ea boraro ea linaleli+ tsa leholimo, ’me oa li lihela tlaase lefatšeng.+ Drakone ea tsoela pele e eme ka pel’a mosali+ ea neng a le haufi le ho beleha,+ e le hore, ha a beleha, e ka harola+ ngoana oa hae.
5 A tsoala mora,+ e motona, ea tla lisa lichaba kaofela ka molamu oa tšepe.+ Ngoana oa hae a nkeloa ho Molimo le teroneng ea hae.+ 6 Mosali a balehela lefeelleng,+ moo a nang le sebaka se lokisitsoeng ke Molimo, e le hore ba ka mo fepa+ moo ka matsatsi a sekete le makholo a mabeli le mashome a tšeletseng.+
7 Ntoa ea qhoma leholimong: Mikaele+ le mangeloi a hae ba loana le drakone, ’me drakone le mangeloi a eona ba loana 8 empa ha ea ka ea hlōla, leha e le hore ho ile ha hlola ho fumanoa sebaka bakeng sa bona leholimong. 9 Kahoo drakone e khōlō+ ea liheloa tlaase, noha ea pele,+ e bitsoang Diabolose+ le Satane,+ e khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona;+ ea liheloa tlaase lefatšeng,+ ’me mangeloi a eona a liheloa tlaase le eona. 10 Ka utloa lentsoe le phahameng leholimong le re:
“Joale ho hlahile poloko+ le matla+ le ’muso oa Molimo+ oa rōna le bolaoli ba Kreste oa hae,+ hobane moqosi oa barab’abo rōna, ea ba qosang bosiu le motšehare ka pel’a Molimo oa rōna o lihetsoe tlaase!+ 11 Ba ile ba mo hlōla+ ka lebaka la mali a Konyana+ le ka lebaka la lentsoe la ho paka ha bona,+ ’me ha baa ka ba rata meea+ ea bona esita leha ba talimane le lefu. 12 Ka lebaka lena thabang, lōna maholimo le lōna ba lulang ho ’ona!+ Ho malimabe+ lefatše le leoatle,+ hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.”+
13 Joale ha drakone e bona hore e lihetsoe tlaase lefatšeng,+ ea hlorisa mosali+ ea ileng a tsoala ngoana e motona. 14 Empa mosali a fuoa mapheo a mabeli a ntsu e khōlō,+ e le hore a ka fofela lefeelleng+ sebakeng sa hae; ke hona moo a feptjoang+ teng ka nako le linako le halofo ea nako+ hōle le sefahleho sa noha.+
15 Noha ea hlatsa metsi+ a joaloka nōka molomong oa eona ka mor’a mosali eo, ho etsa hore a khangoe ke nōka.+ 16 Empa lefatše la phallela mosali,+ ’me lefatše la ahlamisa molomo oa lona la metsa nōka eo drakone e e hlatsitseng molomong oa eona. 17 Drakone ea halefela mosali,+ ’me ea tloha ho ea loantša ba setseng ba peō ea hae, ba bolokang litaelo tsa Molimo ’me ba e-na le mosebetsi oa ho paka+ ka Jesu.
13 Ea ema holim ’a lehlabathe+ la leoatle.
Ka bona sebata+ se nyolohang ka leoatleng,+ se e-na le linaka tse leshome+ le lihlooho tse supileng,+ le mefapa-hlooho e leshome linakeng tsa sona, empa lihloohong tsa sona se e-na le mabitso a nyefolang.+ 2 Joale sebata seo ke se boneng se ne se le joaloka lengau,+ empa maoto a sona a ne a le joaloka a bere,+ ’me molomo oa sona o le joaloka molomo oa tau.+ Drakone+ ea fa sebata matla a sona le terone ea sona le bolaoli bo boholo.+
3 Ka bona e ’ngoe ea lihlooho tsa sona e le joalokaha eka e hlabetsoe lefu, empa leqeba la eona le bolaeang+ le ile la fola, ’me lefatše kaofela la latela sebata ka ho hlolloa. 4 Ba rapela drakone hobane e file sebata bolaoli, ’me ba rapela sebata ka mantsoe ana: “Ke mang ea joaloka sebata, ke mang ea ka loanang le sona?” 5 Sa fuoa molomo o buang lintho tse khōlō+ le linyefolo,+ ’me sa fuoa matla a ho sebetsa ka likhoeli tse mashome a mane a metso e ’meli.+ 6 Sa ahlamisa molomo oa sona ka linyefolo+ khahlanong le Molimo, ho nyefola lebitso la hae le sebaka sa hae sa bolulo, ba lulang leholimong.+ 7 Sa nehoa+ ho loantša bahalaleli le ho ba hlōla,+ ’me sa fuoa matla holim ’a moloko o mong le o mong le batho ba bang le ba bang le leleme le leng le le leng le sechaba se seng le se seng. 8 Bohle ba lulang lefatšeng ba tla se rapela; ha ho le ea mong oa bona eo lebitso la hae le ngotsoeng moqolong+ oa bophelo oa Konyana e ileng ea hlajoa,+ ho tloha ho thehoeng ha lefatše.+
9 Haeba mang kapa mang a e-na le tsebe, a ke a utloe.+ 10 Haeba mang kapa mang a reretsoe kholeho, o ea kholehong.+ Haeba mang kapa mang o tla bolaea ka sabole, o tla bolaoa ka sabole.+ Mona ke moo ho amehang mamello+ le tumelo+ ea bahalaleli.+
11 Ka bona sebata se seng+ se nyoloha lefatšeng,+ ’me se ne se e-na le linaka tse peli joaloka konyana, empa sa qala ho bua joaloka drakone.+ 12 Se sebelisa matla ’ohle a sebata sa pele+ mahlong a sona. Se etsa hore lefatše le ba lulang ho lona ba rapele sebata sa pele, seo leqeba la sona le bolaeang le ileng la fola.+ 13 Se etsa lipontšo tse khōlō,+ hoo se ka etsang hore esita le mollo o theohe leholimong ho tla lefatšeng mahlong a moloko oa batho.
14 Se khelosa ba lulang lefatšeng, ka lebaka la lipontšo tseo se ileng sa li nehoa hore se li etse mahlong a sebata, ha se ntse se bolella ba lulang lefatšeng hore ba etse setšoantšo+ bakeng sa sebata se neng se e-na le leqeba la sabole+ leha ho le joalo sa hlaphoheloa. 15 Sa nehoa ho fa setšoantšo sa sebata phefumoloho, e le hore setšoantšo sa sebata se ka bua le ho etsa hore ho bolaoe bohle bao ka tsela leha e le efe ba neng ba ke ke ba rapela setšoantšo+ sa sebata.
16 Se qobella batho bohle,+ ba banyenyane le ba baholo, le ba ruileng le ba futsanehileng, le ba lokolohileng le makhoba, hore ba fuoe letšoao matsohong a bona a matona kapa liphatleng tsa bona,+ 17 le hore ho se ke ha e-ba le ea ka khonang ho reka kapa ho rekisa haese motho ea nang le letšoao, lebitso+ la sebata kapa palo ea lebitso la sona.+ 18 Mona ke moo bohlale bo kenellang: Ea kelello a ke a sebetse palo ea sebata, etsoe ke palo ea motho;+ palo ea sona ke makholo a tšeletseng le mashome a tšeletseng a metso e tšeletseng.+
14 Ka talima, ’me, bonang! Konyana+ e emeng Thabeng ea Sione,+ e e-na le ba likete tse lekholo le mashome a mane a metso e mene+ bao lebitso la eona le lebitso la Ntat’a+ eona le ngotsoeng liphatleng tsa bona. 2 Ka utloa molumo o tsoang leholimong o le joaloka molumo oa metsi a mangata+ le joaloka molumo oa sealuma se molumo o phahameng; ’me molumo oo ke ileng ka o utloa o ne o le joaloka oa libini tse binang ka liharepa+ li letsa liharepa tsa tsona. 3 Li bina+ ho joalokaha eka ke pina e ncha+ ka pel’a terone le ka pel’a libōpuoa tse phelang tse ’nè+ le baholo;+ ’me ha ho ea neng a khona ho tseba pina eo hantle haese ba likete tse lekholo le mashome a mane a metso e mene,+ ba rekiloeng+ lefatšeng. 4 Bana ke ba sa kang ba itšilafatsa le basali;+ ha e le hantle, ke masoha.+ Ba ntse ba latela Konyana ho sa tsotellehe hore na e ea hokae.+ Ba rekiloe+ har’a moloko oa batho joaloka litholoana tsa pele+ ho Molimo le ho Konyana, 5 ’me leshano ha lea ka la fumanoa melomong ea bona;+ ha ba na sekoli.+
6 Ka bona lengeloi le leng le fofa sebakeng,+ ’me le ne le e-na le litaba tse molemo+ tse sa feleng hore le li bolele e le litaba tse nyakallisang ho ba lulang lefatšeng, le ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang,+ 7 le re ka lentsoe le phahameng: “Tšabang Molimo+ ’me le mo tlotlise,+ hobane hora ea ho ahlola ha hae e fihlile,+ kahoo le rapele Ea entseng+ leholimo le lefatše le leoatle le liliba tsa metsi.”+
8 Le leng, lengeloi la bobeli, la latela, le re: “O oele! Babylona+ e Moholo o oele,+ ea ileng a noesa lichaba tsohle veine+ ea bohale ba bohlola ba hae!”+
9 Lengeloi le leng, la boraro, la a latela, le re ka lentsoe le phahameng: “Haeba leha e le mang a rapela sebata+ le setšoantšo+ sa sona, ’me a amohela letšoao phatleng ea hae kapa letsohong la hae,+ 10 o tla boela a noe veine ea bohale ba Molimo e tšolleloang ka har’a senoelo sa khalefo+ ea hae e sa hlapolloa, ’me o tla hlokofatsoa+ ka mollo le sebabole+ mahlong a mangeloi a halalelang le mahlong a Konyana. 11 Mosi oa tlhokofatso ea bona o nyoloha ka ho sa feleng le kamehla,+ ’me bosiu le motšehare ha ba phomole, ba rapelang sebata le setšoantšo sa sona, le mang kapa mang ea amohelang letšoao+ la lebitso la sona. 12 Mona ke moo ho amehang mamello bakeng sa bahalaleli,+ ba bolokang litaelo tsa Molimo+ le tumelo+ ho Jesu.”
13 Ka utloa lentsoe le tsoang leholimong le re: “Ngola: Ho thaba bafu+ ba shoang ba le bonngoeng le Morena+ ho tloha nakong ena ho ea pele.+ E, ho bolela moea, ba ke ba phomole mesebetsing ea bona, etsoe lintho tseo ba ileng ba li etsa li tsamaea hammoho le bona.”
14 Ka talima, ’me, bonang! leru le lesoeu, ’me holim ’a leru ho lutse e mong ea joaloka mor’a motho,+ a roetse moqhaka oa khauta+ hloohong ’me a e-na le sekele e bohale letsohong la hae.
15 Lengeloi le leng la hlaha sehalalelong sa tempele, le hoeletsa ea lutseng holim ’a leru ka lentsoe le phahameng: “Akhela sekele ea hao ’me u kotule,+ hobane hora ea ho kotula e fihlile, kaha lijalo+ tsa lefatše li butsoitse ka ho phethahetseng.”+ 16 Ea lutseng holim ’a leru a akhela sekele ea hae lefatšeng, ’me lefatše la kotuloa.
17 Lengeloi le leng hape la hlaha sehalalelong sa tempele se leholimong,+ le lona, le tšoere sekele e bohale.
18 Lengeloi le leng hape la hlaha aletareng ’me le ne le e-na le matla holim ’a mollo.+ La hoeletsa ka lentsoe le phahameng ea neng a tšoere sekele e bohale, la re: “Akhela sekele ea hao e bohale ’me u bokelle masihla a sefate sa morara oa lefatše,+ hobane morara oa sona o butsoitse.” 19 Lengeloi+ la akhela sekele ea lona lefatšeng ’me la bokella morara+ oa lefatše, ’me la o lihela ka sehatelong sa veine se seholo sa bohale ba Molimo.+ 20 Sehatelo sa veine sa hatakeloa ka ntle ho motse,+ ’me mali a tsoa sehatelong sa veine a phahame ho ea fihla litōmong tsa lipere,+ sebaka sa listadia+ tse sekete le makholo a tšeletseng.
15 Ka bona leholimong pontšo e ’ngoe,+ e khōlō le e hlollang, mangeloi+ a supileng a nang le likotlo tse supileng.+ Tsena ke tsa ho qetela, hobane bohale+ ba Molimo bo fihlisoa qetellong ka tsona.+
2 Ka bona se neng se bonahala e le leoatle+ le kang khalase le tsoakane le mollo, le ba hlahang ba hlōtse+ sebata le setšoantšo+ sa sona le palo+ ea lebitso la sona ba eme haufi le leoatle+ le kang khalase, ba e-na le liharepa+ tsa Molimo. 3 Ba bina pina ea Moshe+ lekhoba la Molimo le pina ea Konyana,+ ba re:
“Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle,+ mesebetsi ea hao+ e meholo ’me ea hlolla. Morena oa bosafeleng,+ litsela tsa hao li lokile ’me ke tsa ’nete.+ 4 Jehova,+ ka sebele ke mang ea ke keng a u tšaba,+ ’me a tlotlisa lebitso la hao,+ hobane ke uena feela ea tšepahalang?+ Etsoe lichaba kaofela li tla tla ’me li rapele ka pel’a hao,+ hobane melao-taelo ea hao e lokileng e bonahalitsoe.”+
5 Ka mor’a lintho tsena ka talima, ’me sehalalelo sa tente+ ea bopaki+ sa buloa leholimong,+ 6 mangeloi+ a supileng a nang le likotlo+ tse supileng a hlaha sehalalelong, a apere line+ e hloekileng, e khanyang ’me a tlamile lifuba ka linyepa tsa khauta. 7 Se seng sa libōpuoa+ tse phelang tse ’nè sa fa mangeloi a supileng likotlolo tse supileng tsa khauta tse neng li tletse bohale ba Molimo,+ ea phelang ka ho sa feleng le kamehla.+ 8 Sehalalelo sa tlala mosi ka lebaka la khanya ea Molimo+ le ka lebaka la matla a hae, ’me ha ho ea ileng a khona ho kena ka sehalalelong ho fihlela likotlo+ tse supileng tsa mangeloi a supileng li fela.
16 Ka utloa lentsoe+ le phahameng le tsoang sehalalelong le re ho mangeloi a supileng: “E-eang ’me le tšollele likotlolo tse supileng tsa bohale+ ba Molimo lefatšeng.”
2 La pele+ la tloha eaba le tšollela sekotlolo sa lona lefatšeng.+ Batho ba neng ba e-na le letšoao la sebata+ le ba neng ba rapela setšoantšo sa sona,+ ba tsoa seso+ se kotsi le se bolaeang.
3 La bobeli+ la tšollela sekotlolo sa lona leoatleng.+ La fetoha mali+ a joaloka a motho ea shoeleng, ’me moea o mong le o mong o phelang oa shoa, e, lintho tse ka leoatleng.+
4 La boraro+ la tšollela sekotlolo sa lona linōkeng+ le lilibeng tsa metsi. Tsa fetoha mali.+ 5 Ka utloa lengeloi le holim ’a metsi le re: “Uena, Ea teng le ea neng a le teng,+ Ea tšepahalang,+ u lokile, hobane u entse liqeto tsena,+ 6 hobane ba ile ba tšolla mali a bahalaleli le a baprofeta,+ ’me u ba file mali+ hore ba a noe. Ba tšoaneloa ke seo.”+ 7 Ka utloa aletare e re: “E, Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle,+ liqeto tsa hao tsa boahloli ke tsa ’nete ’me li lokile.”+
8 La bone+ la tšollela sekotlolo sa lona letsatsing; ’me letsatsi la nehoa hore le tlabole+ batho ka mollo. 9 Batho ba tlaboloa ke mocheso o moholo, empa ba nyefola lebitso+ la Molimo, ea nang le matla+ holim ’a likotlo tsena, ’me ha baa ka ba baka e le hore ba mo tlotlise.+
10 La bohlano la tšollela sekotlolo sa lona holim ’a terone ea sebata.+ ’Muso oa sona oa fifala,+ eaba ba qala ho itōma maleme ka lebaka la bohloko ba bona, 11 empa ba nyefola+ Molimo oa leholimo ka lebaka la bohloko ba bona le ka lebaka la liso tsa bona, ’me ha baa ka ba baka mesebetsing ea bona.
12 La botšelela+ la tšollela sekotlolo sa lona holim ’a nōka e khōlō ea Eufrate,+ ’me metsi a eona a psha,+ e le hore tsela e ka lokisoa bakeng sa marena+ a tsoang bochaba-tsatsi.
13 Ka bona lipolelo+ tse bululetsoeng tse tharo tse sa hloekang tse neng li shebahala joaloka lihoho+ li tsoa molomong oa drakone+ le molomong oa sebata+ le molomong oa moprofeta oa bohata.+ 14 Ha e le hantle, ke lipolelo tse bululetsoeng+ ke bademona ’me li etsa lipontšo,+ ’me li ea ho marena+ a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona,+ ho a bokellela ntoeng+ ea letsatsi le leholo+ la Molimo ea Matla ’Ohle.+
15 “Bonang! Ke tla joaloka lesholu.+ Ho thaba ea lulang a falimehile+ ’me a boloka liaparo tsa hae tsa ka ntle, e le hore a se ke a tsamaea a hlobotse ’me batho ba talima lihlong tsa hae.”+
16 Tsa a bokellela sebakeng seo ka Seheberu se bitsoang Har–Magedone.+
17 La bosupa la tšollela sekotlolo sa lona moeeng.+ Eaba lentsoe+ le phahameng le tsoa sehalalelong le tloha teroneng, le re: “Ho etsahetse!” 18 Ha e-ba le mahalima le mantsoe le lialuma, ’me ha e-ba le tšisinyeho+ ea lefatše e khōlō eo e kang eona e neng e e-s’o be teng ho tloha ha batho ba e-ba teng lefatšeng,+ tšisinyeho+ ea lefatše e pharaletseng haholo, e khōlō haholo. 19 Motse o moholo+ oa aroha likarolo tse tharo, ’me metse ea lichaba ea oa; Babylona e Moholo+ a hopoloa mahlong a Molimo, hore a fuoe senoelo sa veine ea bohale ba khalefo ea hae.+ 20 Hape, sehlekehleke se seng le se seng sa baleha, ’me lithaba ha lia ka tsa fumanoa.+ 21 Sefako+ se seholo seo lejoe le leng le le leng la sona le ka bang boima ba talenta sa theohela holim ’a batho se tsoa leholimong, eaba batho ba nyefola+ Molimo ka lebaka la kotlo ea sefako,+ hobane kotlo ea sona e ne e le khōlō ka ho sa tloaelehang.
17 Le leng la mangeloi a supileng a neng a e-na le likotlolo+ tse supileng la tla ’me la bua le ’na, la re: “Tloo, ke tla u bontša kahlolo ea seotsoa+ se seholo se lulang holim ’a metsi+ a mangata, 2 seo marena a lefatše a ileng a etsa bohlola le sona,+ athe ba ahileng lefatšeng ba ile ba tahoa ke veine ea bohlola ba sona.”+
3 La nkuka ka matla a moea+ la nkisa lefeelleng. Ka re heli! ’me ka bona mosali ea palameng sebata+ se ’mala o sekareleta se neng se tletse mabitso a nyefolang+ le se neng se e-na le lihlooho+ tse supileng le linaka tse leshome. 4 Mosali eo o ne a apere bopherese+ le sekareleta,+ ’me o ne a khabile ka khauta le lejoe la bohlokoa le liperela+ ’me letsohong la hae o ne a tšoere senoelo+ sa khauta se neng se tletse lintho+ tse nyonyehang le lintho tse sa hloekang tsa bohlola ba hae.+ 5 Phatleng ea hae ho ne ho ngotsoe lebitso, sephiri:+ “Babylona e Moholo, ’mè oa liotsoa+ le oa lintho tse nyonyehang tsa lefatše.”+ 6 Ka bona hore mosali eo o ne a tahiloe ke mali+ a bahalaleli le ke mali a lipaki tsa Jesu.+
Joale, ha ke re heli! ’me ke mo bona ka makala ka makalo e khōlō.+ 7 Kahoo lengeloi la re ho ’na: “U makaletse’ng? Ke tla u bolella sephiri sa mosali+ eo le sa sebata se mo jereng le se nang le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome:+ 8 Sebata seo u se boneng se ne se le teng,+ empa ha se eo, leha ho le joalo se haufi le ho nyoloha ka mohohlong,+ ’me se tla ea timetsong. Ha ba bona kamoo sebata se neng se le teng, empa se se se le sieo, leha ho le joalo se tla ba teng, ba lulang lefatšeng ba tla makala ka ho hlolloa, empa mabitso a bona ha aa ngoloa moqolong oa bophelo+ ho tloha ho thehoeng ha lefatše.+
9 “Mona ke moo kelello e nang le bohlale e kenellang:+ Lihlooho tse supileng+ li bolela lithaba tse supileng,+ tseo mosali eo a lulang holim ’a tsona. 10 Ho na le marena a supileng: a mahlano a oele,+ e mong o teng,+ e mong ha a e-s’o fihle,+ empa ha a fihla o tla lula nakoana e khutšoanyane.+ 11 Sebata se neng se le teng empa se se se le sieo,+ e boetse ke morena oa borobeli, empa se hlaha ho tse supileng, ’me se tloha ho ea timetsong.
12 “Linaka tse leshome tseo u li boneng li bolela marena a leshome,+ a e-s’o amohele ’muso, empa a amohela matla e le marena ka hora e le ’ngoe le sebata. 13 Li na le monahano o le mong, kahoo li fa sebata matla a tsona le bolaoli.+ 14 Li tla loana le Konyana,+ empa konyana e tla li hlōla,+ kahobane e le Khosi ea likhosi le Morena oa marena.+ Hape, ba bitsitsoeng le ba khethiloeng le ba tšepahalang ba nang le eona ba tla etsa joalo.”+
15 La re ho ’na: “Metsi ao u a boneng, moo seotsoa se lutseng, a bolela batho le matšoele le lichaba le maleme.+ 16 Linaka+ tse leshome tseo u li boneng, le sebata,+ li tla hloea seotsoa+ ’me li tla se ripitla le ho se hlobolisa, li tla ja linama tsa sona ’me li tla se chesa ka ho feletseng ka mollo.+ 17 Etsoe Molimo o ho kentse ka lipelong tsa tsona ho phetha monahano+ oa hae, ho phetha monahano oa tsona o le mong ka ho fa sebata ’muso oa tsona,+ ho fihlela ha mantsoe a Molimo a tla be a phethehile.+ 18 Mosali+ eo u mo boneng o bolela motse o moholo o nang le ’muso holim ’a marena a lefatše.”+
18 Ka mor’a lintho tsena ka bona lengeloi le leng le theoha leholimong, le e-na le matla a maholo;+ ’me lefatše la bonesoa ke khanya ea lona.+ 2 La hoeletsa ka lentsoe le matla,+ la re: “O oele! Babylona e Moholo o oele,+ ’me o fetohile sebaka sa bolulo sa bademona le sebaka sa ho ipata sa pululo+ e ’ngoe le e ’ngoe e sa hloekang le sebaka sa ho ipata sa nonyana e ’ngoe le e ’ngoe e sa hloekang le e hloiloeng!+ 3 Etsoe lichaba kaofela li fetohile liphofu+ ka lebaka la veine ea bohale ba bohlola ba hae, ’me marena a lefatše a ile a etsa bohlola+ le eena, ’me bahoebi+ ba tsamaeang ba lefatše ea e-ba ba ruileng ka lebaka la matla a menono ea hae ea ho se hlajoe ke lihlong.”+
4 Ka utloa lentsoe le leng le tsoang leholimong le re: “Tsoang ho eena, sechaba sa ka,+ haeba le sa batle ho kopanela le eena libeng tsa hae,+ le haeba le sa batle ho amohela karolo ea likotlo tsa hae. 5 Etsoe libe tsa hae li khobokellane ho ea fihla leholimong,+ ’me Molimo o hopotse liketso tsa hae tsa ho hloka toka.+ 6 Mo feng esita le joalokaha a fane,+ ’me le mo etse joalo habeli, e, palo e mennoeng habeli ea lintho tseo a ileng a li etsa;+ senoelong+ seo ho sona a ileng a tšela motsoako le mo tšelle motsoako+ oo habeli.+ 7 Ho isa tekanyong eo a ileng a itlotlisa ka eona le ho phela ka menono ea ho se hlajoe ke lihlong, ho isa tekanyong eo le mo fe tlhokofatso le ho siama.+ Etsoe ka pelong ea hae o ntse a re, ‘Ke lutse ke le mofumahali,+ ’me ha ke mohlolohali,+ ’me le ka mohla nke ke ka bona ho siama.’+ 8 Ke ka lebaka leo likotlo+ tsa hae li tlang ho tla ka letsatsi le le leng, lefu le ho siama le tlala, ’me o tla chesoa ka ho feletseng ka mollo,+ hobane Jehova Molimo, ea mo ahlotseng, o matla.+
9 “Marena+ a lefatše a ileng a etsa bohlola le eena le ho phela ka menono ea ho se hlajoe ke lihlong a tla lla le ho ikotla ka lebaka la ho mo sarelloa,+ ha a talima mosi+ oa ho cha ha hae, 10 ha a ntse a eme hōjana ka lebaka la ho tšaba ho hlokofatsoa ha hae ’me a re,+ ‘Ho malimabe, ho malimabe, uena motse o moholo,+ Babylona uena motse o matla, hobane kahlolo ea hao e fihlile ka hora e le ’ngoe!’+
11 “Hape, bahoebi+ ba tsamaeang ba lefatše baa lla le ho siama ka lebaka la hae,+ hobane ha ho ea tla hlola a reka thepa ea bona e feletseng, 12 thepa+ e feletseng ea khauta le silevera le lejoe la bohlokoa le liperela le line ea boleng bo botle le bopherese le silika le sekareleta; le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea lehong le monko o monate le ntho ea lenaka la tlou la mofuta o mong le o mong le ntho ea mofuta o mong le o mong oa lehong la bohlokoa ka ho fetisisa le ea koporo le ea tšepe le ea ’mabole;+ 13 le sinamone le senōko sa India le libano le oli e nkhang hamonate le libano tse tšoeu le veine le oli ea mohloaare le phofo e thumisehileng le koro le likhomo le linku, le lipere le likoloi le makhoba le meea ea batho.+ 14 E, litholoana tse ntle tseo moea oa hao o ileng oa li lakatsa+ li tlohile ho uena, ’me lintho kaofela tse khahlisang le lintho tse ntlehali li timetse ho uena, ’me ha ho mohla batho ba tla li fumana hape.+
15 “Bahoebi+ ba tsamaeang ba lintho tsena, ba ileng ba rua ka eena, ba tla ema hōjana ka lebaka la ho tšaba ho hlokofatsoa ha hae ’me ba tla lla le ho siama,+ 16 ba re, ‘Ho malimabe, ho malimabe—motse o moholo,+ o apereng line ea boleng bo botle le bopherese le sekareleta, le o khabileng haholo ka mokhabiso oa khauta le lejoe la bohlokoa le perela,+ 17 hobane maruo a maholo hakaalo a ripitliloe ka hora e le ’ngoe!’+
“Motsamaisi e mong le e mong oa sekepe le motho e mong le e mong ea etelang kae kapa kae ka sekepe,+ le basesisi ba likepe le bohle ba phelang ka leoatle, ba ema hōjana+ 18 ba hoeletsa ha ba ntse ba shebile mosi oa ho cha ha hae ’me ba re, ‘Ke motse ofe o joaloka motse oo o moholo?’+ 19 Ba ithunthetsa ka lerōle lihloohong+ ’me ba hoeletsa, ba lla ’me ba siama,+ ba re, ‘Ho malimabe, ho malimabe—motse o moholo, oo ho oona bohle ba nang le likepe leoatleng+ e ileng ea e-ba ba ruileng+ ka lebaka la moeno oa hae, hobane o ripitliloe ka hora e le ’ngoe!’+
20 “Thabang ka lebaka la hae, Uena leholimo,+ le lōna bahalaleli+ le lōna baapostola+ le lōna baprofeta, hobane Molimo ka boahloli o batlile hore a fuoe kotlo bakeng sa lōna!”+
21 Lengeloi le matla la phahamisa lejoe le joaloka leloala+ le leholo ’me la le lihela ka leoatleng,+ la re: “Ka ho akheloa ka sekhahla Babylona motse o moholo o tla liheloa tlaase ka tsela eo, ’me le ka mohla a ke ke a fumanoa hape.+ 22 Molumo oa libini tse binang ka liharepa le oa libini tsa liletsa le oa liletsi tsa makolilo le oa liletsi tsa literompeta le ka mohla o ke ke oa utloahala hape ho uena,+ ’me ha ho setsebi sa mosebetsi leha e le ofe oa matsoho seo le ka mohla se tla fumanoa ho uena hape, ’me ha ho molumo oa leloala oo le ka mohla o tla utloahala ho uena hape, 23 ’me ha ho leseli la lebone leo le ka mohla le tla boela le khanye ho uena, ’me ha ho lentsoe la monyali le la monyaluoa leo le ka mohla le tla boela le utloahale ho uena;+ hobane bahoebi+ ba hao ba tsamaeang e ne e le banna ba boemong bo ka sehloohong+ ba lefatše, kaha ka ho tloaela ha hao ho sebelisana le meea+ lichaba kaofela li ile tsa khelosoa. 24 E, ho eena ho ile ha fumanoa mali+ a baprofeta+ le a bahalaleli+ le a bohle ba bolailoeng lefatšeng.”+
19 Ka mor’a lintho tsena ka utloa seo e neng eka ke lentsoe le phahameng la bongata bo boholo leholimong.+ Sa re: “Rorisang Jah!+ Poloko+ le khanya le matla ke a Molimo oa rōna,+ 2 hobane likahlolo tsa hae ke ’nete ’me li lokile.+ Etsoe o phethahalitse kahlolo ea seotsoa se seholo se ileng sa bolisa lefatše ka bohlola ba sona, ’me o phetelelitse mali a makhoba a hae letsohong la sona.”+ 3 Hang-hang sa re ka lekhetlo la bobeli: “Rorisang Jah!+ Mosi o tsoang ho sona o tsoela pele o nyoloha ka ho sa feleng le kamehla.”+
4 Baholo+ ba mashome a mabeli a metso e mene le libōpuoa tse phelang tse ’nè+ ba itihela fatše ’me ba rapela Molimo ea lutseng+ teroneng, ba re: “Amen! Rorisang Jah!”+
5 Hape, lentsoe la tsoa teroneng la re: “Rorisang Molimo oa rōna, lōna kaofela makhoba a hae,+ a mo tšabang, a manyenyane le a maholo.”+
6 Ka utloa seo e neng eka ke lentsoe la bongata bo boholo le se kang molumo oa metsi a mangata le se kang molumo oa lialuma tse matla. Sa re: “Rorisang Jah,+ hobane Jehova Molimo oa rōna, ea Matla ’Ohle,+ o qalile ho busa e le morena.+ 7 A re thabeng ’me re nyakalle, ’me re mo tlotliseng,+ hobane lenyalo+ la Konyana le fihlile+ ’me mosali oa eona o itokisitse.+ 8 E, o nehiloe hore a apare line ea boleng bo botle, e khanyang, e hloekileng, kaha line ea boleng bo botle e emela liketso tse lokileng tsa bahalaleli.”+
9 La mpolella: “Ngola: Ho thaba ba memetsoeng+ lijong tsa shoalane tsa lenyalo la Konyana.”+ Hape, lea mpolella: “Tsena ke lipolelo tsa ’nete tsa Molimo.”+ 10 Eaba ke itihela fatše ka pel’a maoto a lona ho le rapela.+ Empa lea mpolella: “Hlokomela! U se ke ua etsa joalo!+ Ke mpa feela ke le lekhoba-’moho le uena le barab’eno ba nang le mosebetsi oa ho pakela Jesu.+ Rapela Molimo;+ kaha ho paka Jesu ke hona ho bululelang ho profeta.”+
11 Ka bona leholimo le buleha, ’me, bonang! pere e tšoeu.+ Ea e palameng o bitsoa ea Tšepahalang+ le oa ’Nete,+ ’me o ahlola le ho loana ka ho loka.+ 12 Mahlo a hae ke lelakabe la mollo,+ ’me o roetse mefapa-hlooho e mengata hloohong.+ O na le lebitso+ le ngotsoeng leo ho seng ea le tsebang haese eena, 13 ’me o apere seaparo sa ka ntle se fafalitsoeng ka mali,+ ’me lebitso leo a bitsoang ka lona ke Lentsoe+ la Molimo. 14 Hape, mabotho a neng a le leholimong a ne a mo latela ka lipere tse tšoeu, ’me a ne a apere line ea boleng bo botle, e tšoeu, e hloekileng. 15 Molomong oa hae ho tsoa sabole+ e telele e bohale, e le hore a ka hlatha lichaba ka eona, ’me o tla li lisa ka molamu oa tšepe.+ Hape o hatakela sehatelo+ sa veine sa bohale ba khalefo ea Molimo+ ea Matla ’Ohle. 16 Seaparong sa hae sa ka ntle, esita le seropeng sa hae, o na le lebitso le ngotsoeng, Morena oa marena le Khosi ea likhosi.+
17 Ka boela ka bona lengeloi le eme letsatsing, ’me la hoeletsa ka lentsoe le phahameng la re ho linonyana+ kaofela tse fofang sebakeng: “Tloong mona, le bokane lijong tse khōlō tsa shoalane tsa Molimo, 18 e le hore le ka ja linama+ tsa marena le linama tsa balaoli ba sesole le linama tsa banna ba matla+ le linama tsa lipere+ le tsa ba li palameng, le linama tsa bohle, tsa batho ba lokolohileng hammoho le tsa makhoba le tsa ba banyenyane le ba baholo.”
19 Ka bona sebata+ le marena+ a lefatše le mabotho a ’ona a bokane ho loantša+ ea palameng pere+ le lebotho la hae. 20 Sebata+ sa tšoaroa, ’me hammoho le sona ha tšoaroa moprofeta+ oa bohata ea ileng a etsa ka pel’a sona lipontšo+ tseo ka tsona a ileng a khelosa ba ileng ba amohela letšoao+ la sebata le ba fanang ka borapeli ho setšoantšo sa sona.+ Ba sa ntse ba phela, ba liheloa ka letšeng la mollo le tukang sebabole.+ 21 Empa ba bang kaofela ba bolaoa ka sabole e telele ea ea palameng pere,+ e leng sabole e neng e tsoa molomong oa hae.+ Linonyana+ kaofela tsa khora+ linama tsa bona.+
20 Ka bona lengeloi le theoha leholimong le e-na le senotlolo sa mohohlo+ le ketane e khōlō letsohong la lona. 2 La tšoara drakone,+ noha ea pele,+ eo e leng Diabolose+ le Satane,+ ’me la e tlama ka lilemo tse sekete. 3 La e lihela ka mohohlong+ ’me la o koala le ho o tiisa holim ’a eona, e le hore e se ke ea hlola e khelosa lichaba ho fihlela lilemo tseo tse sekete li felile. Ka mor’a lintho tsena e tla lokolloa ka nakoana.+
4 Ka bona literone,+ ’me ho ne ho e-na le ba ileng ba lula holim ’a tsona, eaba ba fuoa matla a ho ahlola.+ E, ka bona meea ea ba bolailoeng ka selepe ka lebaka la bopaki boo ba ileng ba pakela Jesu ka bona le ka lebaka la ho bua ka Molimo, le ba neng ba sa rapela sebata+ kapa setšoantšo+ sa sona le ba neng ba sa amohela letšoao liphatleng tsa bona le matsohong a bona.+ Ba phela eaba ba busa e le marena+ le Kreste ka lilemo tse sekete. 5 (Bafu ba bang kaofela+ ha baa ka ba phela ho fihlela lilemo tseo tse sekete li felile.)+ Ena ke tsoho ea pele.+ 6 Ho thaba+ ’me ho halalela+ mang kapa mang ea nang le kabelo tsohong ea pele; lefu la bobeli+ ha le na matla holim ’a bona,+ empa e tla ba baprista+ ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa le eena e le marena ka lilemo tseo tse sekete.+
7 Joale hang ha lilemo tseo tse sekete li felile, Satane o tla lokolloa hore a tsoe chankaneng ea hae, 8 ’me o tla tsoa ho ea khelosa lichaba tseo likhutlong tse ’nè tsa lefatše, Gogo le Magogo, ho li bokella bakeng sa ntoa. Palo ea tsona e kaalo ka lehlabathe la leoatle.+ 9 Tsa tsoela lefatšeng ka bophara le ho pota-pota liahelo tsa bahalaleli+ le motse o ratoang.+ Empa mollo oa theoha leholimong ’me oa li chesa.+ 10 Diabolose+ ea neng a li khelosa a liheloa ka letšeng la mollo le sebabole, moo sebata+ le moprofeta oa bohata ba neng ba se ba le hona teng;+ ’me ba tla hlokofatsoa bosiu le motšehare ka ho sa feleng le kamehla.
11 Ka bona terone e khōlō e tšoeu le ea neng a lutse ho eona.+ Lefatše le leholimo tsa baleha ka pel’a hae,+ ’me ha lia ka tsa fumaneloa sebaka. 12 Ka bona bafu, ba baholo le ba banyenyane,+ ba eme ka pel’a terone, ’me meqolo ea buloa. Empa moqolo o mong oa buloa; ke moqolo oa bophelo.+ Bafu ba ile ba ahloloa ka lintho tse ngotsoeng meqolong eo ho ea ka liketso tsa bona.+ 13 Leoatle la nehelana ka bafu ba ho lona, ’me lefu le Hadese tsa nehelana ka bafu+ ba ho tsona, eaba ba ahloloa ka bomong ho ea ka liketso tsa bona.+ 14 Lefu+ le Hadese tsa liheloa ka letšeng la mollo. Sena se bolela lefu la bobeli,+ letša la mollo.+ 15 Ho feta moo, mang kapa mang ea sa kang a fumanoa a ngotsoe bukeng ea bophelo+ a liheloa ka letšeng la mollo.+
21 Ka bona leholimo le lecha+ le lefatše le lecha;+ etsoe leholimo la pele+ le lefatše la pele+ li ne li fetile, ’me leoatle+ ha le sa le eo. 2 Ka bona le motse o halalelang,+ Jerusalema e Mocha, o theoha leholimong+ ho Molimo ’me o lokisitsoe joaloka monyaluoa+ ea khabileng bakeng sa monna oa hae.+ 3 Eaba ke utloa lentsoe le phahameng le tsoang teroneng le re: “Bonang! Tente+ ea Molimo e ho moloko oa batho, o tla lula+ le bona, ’me e tla ba batho ba hae.+ Molimo o tla ba le bona.+ 4 O tla hlakola meokho+ eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng,+ ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.+ Lintho tsa pele li fetile.”+
5 Ea lutseng teroneng+ a re: “Bona! Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.”+ Hape, o re: “Ngola, hobane mantsoe ana aa tšepahala ’me ke a ’nete.” 6 A re ho ’na: “Li etsahetse! Ke ’na Alfa le Omega, qalo le qetello.+ Mang kapa mang ea nyoriloeng ke tla mo fa ho tsoa selibeng sa metsi a bophelo ntle ho tefo.+ 7 Mang kapa mang ea hlōlang o tla rua lintho tsena, ’me ke tla ba Molimo+ oa hae ’me eena e tla ba mora oa ka.+ 8 Empa ha e le makoala le ba se nang tumelo+ le ba nyonyehang litšileng+ tsa bona le babolai+ le lihlola+ le ba sebelisanang le meea le barapeli ba litšoantšo+ le bohle ba leshano,+ kabelo ea bona e tla ba ka letšeng le tukang mollo+ le sebabole.+ Sena se bolela lefu la bobeli.”+
9 Ha tla le leng la mangeloi a supileng a neng a e-na le likotlolo tse supileng tse neng li tletse likotlo+ tse supileng tsa ho qetela, eaba le bua le ’na le re: “Tloo mona, ke tla u bontša monyaluoa, mosali oa Konyana.”+ 10 Kahoo la nkuka ka matla a moea la nkisa thabeng+ e khōlō le e phahameng, ’me la mpontša motse o halalelang+ Jerusalema o theoha leholimong ho Molimo+ 11 ’me o e-na le khanya ea Molimo.+ Ho phatsima ha oona ho ne ho le joaloka lejoe la bohlokoa ka ho fetisisa, joaloka lejoe la jaspere le benyang ka ho hlaka joaloka kristale.+ 12 O ne o e-na le lerako+ le leholo le le phahameng ’me o ne o e-na le liheke tse leshome le metso e ’meli, le mangeloi a leshome le metso e ’meli lihekeng, ’me ho ne ho ngotsoe mabitso a meloko e leshome le metso e ’meli ea bara ba Iseraele.+ 13 Ka bochabela ho ne ho e-na le liheke tse tharo, ’me ka leboea ho e-na le liheke tse tharo, ’me ka boroa ho e-na le liheke tse tharo, ’me ka bophirimela ho e-na le liheke tse tharo.+ 14 Lerako la motse le lona le ne le e-na le majoe a motheo+ a leshome le metso e ’meli, ’me ho ’ona ho ne ho e-na le mabitso a leshome le metso e ’meli a baapostola+ ba leshome le metso e ’meli ba Konyana.
15 Joale ea neng a bua le ’na o ne a tšoere lehlaka+ la khauta e le ntho eo a lekanyang ka eona, e le hore a ka lekanya motse le liheke tsa oona le lerako la oona.+ 16 Motse oa lekana ka mahlakoreng a mane, ’me bolelele ba oona bo bokaalo ka bophara ba oona ka boholo. A lekanya motse+ ka lehlaka, listadia tse likete tse leshome le metso e ’meli; bolelele le bophara le bophahamo ba oona lia lekana. 17 Hape, a lekanya lerako la oona, litsoe tse lekholo le mashome a mane a metso e mene, ho ea ka tekanyo ea motho, ka nako e tšoanang e le ea lengeloi. 18 Joale mohaho oa lerako la oona e ne e le jaspere,+ ’me motse e ne e le khauta e hloekileng joaloka khalase e hlakileng. 19 Metheo+ ea lerako la motse e ne e khabisitsoe ka lejoe la bohlokoa+ la mofuta o mong le o mong: motheo oa pele e ne e le jaspere,+ oa bobeli e le safire,+ oa boraro e le kalsedone, oa bone e le emeralde,+ 20 oa bohlano e le sardonyxe, oa botšelela e le sardiase, oa bosupa e le krysolite,+ oa borobeli e le beryle, oa borobong e le topaze,+ oa leshome e le krysoprase, oa leshome le motso o mong e le hyasinthe, oa leshome le metso e ’meli e le amethyste.+ 21 Hape, liheke tse leshome le metso e ’meli e ne e le liperela tse leshome le metso e ’meli; e ’ngoe le e ’ngoe ea liheke tseo e ne e entsoe ka perela e le ’ngoe.+ Tsela e sephara ea motse e ne e le khauta e hloekileng, e le joaloka khalase e bonaletsang.
22 Ha kea ka ka bona tempele ho oona,+ kaha Jehova+ Molimo ea Matla ’Ohle+ ke tempele ea oona,+ le Konyana ke eona.+ 23 Motse ha o hloke letsatsi kapa khoeli ho o khantšetsa, kaha khanya ea Molimo e ne e o bonesitse,+ ’me lebone la oona e ne e le Konyana.+ 24 Lichaba li tla tsamaea ka leseli la oona,+ ’me marena a lefatše a tla tlisa khanya ea ’ona ka ho oona.+ 25 Liheke tsa oona li ke ke tsa koaloa ho hang motšehare,+ kaha bosiu bo ke ke ba e-ba teng moo.+ 26 Li tla tlisa khanya le tlhompho ea lichaba ka ho oona.+ 27 Empa ntho leha e le efe e sa halaleleng le mang kapa mang ea tsoelang pele ka ntho e nyonyehang+ le leshano+ li ke ke tsa kena ho oona ka tsela leha e le efe;+ ho tla kena feela ba ngotsoeng moqolong oa bophelo oa Konyana.+
22 La mpontša nōka ea metsi a bophelo,+ e hlakileng joaloka kristale, e phalla ho tsoa teroneng ea Molimo le ea Konyana+ 2 ho theosa le bohare ba tsela e sephara ea oona. Ka lehlakoreng lena la nōka le ka lehlakoreng lane ho ne ho e-na le lifate+ tsa bophelo tse hlahisang chai ea litholoana haleshome le metso e ’meli, tse behang litholoana tsa tsona khoeli e ’ngoe le e ’ngoe.+ Makhasi a lifate e ne e le a ho phekola lichaba.+
3 Ha ho sa tla hlola ho e-ba le bomalimabe.+ Empa terone ea Molimo+ le ea Konyana+ li tla ba motseng, ’me makhoba a hae a tla mo etsetsa tšebeletso e halalelang;+ 4 a tla bona sefahleho sa hae,+ ’me lebitso la hae le tla ba liphatleng tsa ’ona.+ 5 Hape, bosiu ha bo sa tla hlola bo e-ba teng,+ ’me ha ba hloke leseli la lebone leha e le hore ba na le khanya ea letsatsi, hobane Jehova Molimo o tla ba khantšetša leseli,+ ’me ba tla busa e le marena ka ho sa feleng le kamehla.+
6 A re ho ’na: “Mantsoe ana aa tšepahala ’me ke a ’nete;+ e, Jehova Molimo oa lipolelo+ tse bululetsoeng tsa baprofeta+ o ile a romela lengeloi la hae ho bontša makhoba a hae lintho tse tla etsahala haufinyane.+ 7 Bona! Ke tla kapele.+ Ho thaba mang kapa mang ea bolokang mantsoe a boprofeta ba moqolo ona.”+
8 Joale, ’na Johanne ke ne ke utloa ’me ke bona lintho tsena. Ha ke utloile ’me ke bone, ka itihela fatše ho rapela+ ka pel’a maoto a lengeloi le neng le mpontša lintho tsena. 9 Empa lea mpolella: “Hlokomela! U se ke ua etsa joalo! Ke mpa feela ke le lekhoba-’moho le uena le barab’eno ba baprofeta+ le ba bolokang mantsoe a moqolo ona. Rapela Molimo.”+
10 Le boetse lea mpolella: “U se ke ua tiisa mantsoe a boprofeta ba moqolo ona, etsoe nako e behiloeng e haufi.+ 11 Ea etsang ho sa lokang, a ’ne a etse ho sa lokang;+ ea litšila a ’ne a silafatsoe;+ empa ea lokileng+ a ’ne a etse ho lokileng, ’me ea halalelang a ’ne a halaletsoe.+
12 “‘Bona! Ke tla kapele,+ ’me moputso+ oo ke nehelanang ka oona o ho ’na, ho fa e mong le e mong kamoo mosebetsi oa hae o leng kateng.+ 13 Ke ’na Alfa le Omega,+ oa pele le oa ho qetela,+ qalo le qetello. 14 Ho thaba ba hlatsoang liaparo+ tsa bona tse telele tsa ka holimo, e le hore ba ka ba le matla a ho ea lifateng tsa bophelo+ e le hore ba ka kena motseng ka liheke tsa oona.+ 15 Ka ntle ke lintja+ le ba sebelisanang le meea+ le lihlola+ le babolai le barapeli ba litšoantšo le e mong le e mong ea ratang leshano le ea tsoelang pele ka lona.’+
16 “‘’Na, Jesu, ke ile ka romela lengeloi la ka hore le le pakele lintho tsena bakeng sa liphutheho. Ke ’na motso+ le ngoana+ oa Davida, le naleli e khanyang ea hoseng.’”+
17 Moea+ le monyaluoa+ ba ntse ba re: “Tloo!” Mang kapa mang ea utloang a ke a re: “Tloo!”+ Mang kapa mang ea nyoriloeng a ke a tle;+ mang kapa mang ea lakatsang a ke a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.+
18 “Ke pakela e mong le e mong ea utloang mantsoe a boprofeta ba moqolo ona: Haeba mang kapa mang a eketsa+ linthong tsena, Molimo o tla mo ekeletsa likotlo+ tse ngotsoeng moqolong ona; 19 haeba mang kapa mang a tlosa ntho leha e le efe mantsoeng a moqolo oa boprofeta bona, Molimo o tla tlosa kabelo ea hae lifateng+ tsa bophelo le motseng o halalelang,+ lintho tseo ho ngotsoeng ka tsona moqolong ona.
20 “Ea pakang lintho tsena o re, ‘E; ke tla kapele.’”+
“Amen! Tloo, Morena Jesu.”
21 E se eka mosa o sa tšoanelang oa Morena Jesu Kreste o ka ba le bahalaleli.+