Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bi12 Liketso 1:1-28:31
  • Liketso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liketso
  • Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Liketso

Liketso Tsa Baapostola

1 Uena Theofilase,+ ke ile ka hlophisa tlaleho ea pele mabapi le lintho tsohle tseo Jesu a ileng a qala ho li etsa le ho li ruta,+ 2 ho fihlela letsatsing leo ka lona a ileng a nkeloa holimo,+ ka mor’a hore a fane ka taelo ka moea o halalelang ho baapostola bao a ba khethileng.+ 3 O ile a iponahatsa le ho bana a phela ka bopaki bo bongata bo tiileng ka mor’a hore a utloe bohloko,+ ba ntse ba mo bona ka matsatsi ’ohle a mashome a mane ’me a bolela lintho tse mabapi le ’muso oa Molimo.+ 4 Ha a ntse a kopane le bona o ile a ba fa litaelo: “Le se ke la tloha Jerusalema,+ empa le lule le letetse seo Ntate a se tšepisitseng,+ seo le se utloileng ho ’na; 5 hobane ka sebele, Johanne, o ile a kolobetsa ka metsi, empa le tla kolobetsoa ka moea o halalelang+ matsatsi a seng makae ka mor’a sena.”

6 Joale, ha ba bokane, ba qala ho mo botsa: “Morena, na u khutlisetsa ’muso+ ho Iseraele nakong ee?” 7 A re ho bona: “Hase taba ea lōna ho tseba linako kapa mehla+ eo Ntate a e behileng ka taolo+ ea hae; 8 empa le tla amohela matla+ ha moea o halalelang o fihla holim ’a lōna, ’me le tla ba lipaki+ tsa ka Jerusalema+ le Judea le Samaria+ kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.”+ 9 Ka mor’a hore a bue lintho tsena, ha ba ntse ba talimile, a phahamisoa+ ’me leru la mo nka hore ba se ke ba mo bona.+ 10 Ha ba ntse ba talimile leholimong ha a ntse a e-ea,+ bonang! banna ba babeli ba apereng liaparo tse tšoeu+ ba ema haufi le bona, 11 ’me ba re: “Banna ba Galilea, ke hobane’ng ha le eme le talimile leholimong? Jesu enoa ea amohetsoeng leholimong a tloha ho lōna o tla tla ka mokhoa+ o tšoanang le oo le boneng a e-ea leholimong ka oona.”

12 Joale ba khutlela+ Jerusalema ho tloha thabeng e bitsoang Thaba ea Mehloaare, e haufi le Jerusalema, e le bohōle ba leeto la letsatsi la sabatha.+ 13 Kahoo, ha ba kene, ba nyolohela ka kamoreng+ e ka holimo, moo ba neng ba lula teng, Petrose hammoho le Johanne le Jakobo le Andrease, Filipi le Thomase, Bartholome le Matheu, Jakobo mora oa Alfiase le Simone ea chesehang, le Judase mora oa Jakobo.+ 14 Ka tumellano bana bohle ba ne ba phehella thapelong,+ hammoho le basali+ ba bang le Maria ’mè oa Jesu le barab’abo.+

15 Joale matsatsing ana Petrose a ema har’a barab’abo eaba o re (bongata ba batho kaofela e ne e ka ba lekholo le mashome a mabeli): 16 “Banna, barab’eso, ho ne ho hlokahala hore lengolo le phethahale,+ leo moea o halalelang+ o ileng oa le bolela esale pele ka molomo oa Davida mabapi le Judase,+ eo e ileng ea e-ba motataisi oa ba ileng ba tšoara Jesu,+ 17 hobane o ’nile a balelloa har’a rōna+ ’me a ba le kabelo bosebeletsing+ bona. 18 (Ka hona, eena monna enoa o ile a reka+ tšimo ka moputso oa ho se loke,+ ’me ha a hlaba pele ka hlooho+ a phatloha ka lerata ka hare ’me mala a hae kaofela a horometsehela ka ntle. 19 Hape ho ile ha tsejoa ke baahi bohle ba Jerusalema, hoo ka puo ea bona tšimo eo e ileng ea bitsoa Akeldama, ke hore, Tšimo ea Mali.) 20 Etsoe ho ngoliloe bukeng ea Lipesaleme, ‘Sebaka sa hae sa bolulo e be lesupi, ’me ho se ke ha e-ba le ea lulang ho sona,’+ ’me, ‘Boemo ba hae ba bolebeli bo nkoe ke e mong.’+ 21 Ka hona ho hlokahala hore ho banna ba ileng ba bokana le rōna nakong eohle eo ka eona Morena Jesu a ileng a kena le ho tsoa har’a rōna,+ 22 ho qala ho kolobetsoeng ha hae ke Johanne+ le ho fihlela letsatsing la ha a amoheloa holimo a tloha ho rōna,+ e mong oa banna bana e lokela ho ba paki hammoho le rōna ea tsoho ea hae.”+

23 Kahoo ba hlahisa ba babeli, Josefa ea bitsoang Barsabase, ea neng a boetse a rehiloe Justase, le Mathiase. 24 Eaba baa rapela ’me ba re: “Jehova, ea tsebang lipelo tsa bohle,+ bontša hore na ke ofe ho banna bana ba babeli eo u mo khethileng, 25 hore a nke sebaka sa bosebeletsi bona le boapostola+ bona, boo Judase a ileng a kheloha ho bona ho ea sebakeng sa hae.” 26 Kahoo ba lahla lotho+ bakeng sa bona, ’me lotho ea oela ho Mathiase; eaba o balelloa le baapostola ba leshome le motso o mong.+

2 Joale ha letsatsi la mokete oa Pentekonta+ le ntse le tsoela pele kaofela ba ne ba le hammoho sebakeng se le seng, 2 eaba ka tšohanyetso ho ba le lerata le tsoang leholimong le joaloka la moea o fokang ka sekhahla, ’me la tlala ntlo eohle eo ba neng ba lutse ka hare ho eona.+ 3 Maleme a kang a mollo+ a bonahala ho bona ’me a ajoa, ’me ka leng la ’ona la lula holim ’a e mong le e mong oa bona, 4 eaba kaofela ba tlala moea o halalelang+ ’me ba qala ho bua ka maleme a fapaneng,+ feela joalokaha moea o ne o etsa hore ba bue.

5 Jerusalema ho ne ho lula Bajuda,+ batho ba nang le tlhompho ea borapeli,+ ba tsoang sechabeng se seng le se seng sa tse tlas’a leholimo. 6 Kahoo, ha molumo ona o e-ba teng, letšoele la phutheha ’me la makala, hobane e mong le e mong o ne a utloa ba bua ka puo ea hae. 7 Ka sebele, ba hlolloa ’me ba qala ho makala ba re: “Bonang mona, bana bohle ba buang ke Bagalilea,+ na ha ho joalo? 8 Leha ho le joalo ho tla joang hore ebe e mong le e mong oa rōna o utloa puo ea hae eo re tsoaletsoeng ho eona? 9 Baparthia le Bamede+ le Baelame,+ le baahi ba Mesopotamia, le Judea+ le Kapadosia,+ Pontase+ le setereke sa Asia,+ 10 le Frigia+ le Pamfilia,+ Egepeta le likarolo tsa Libya, e ka nģ’a Cyrene, le baeti ba nakoana ba tsoang Roma, Bajuda hammoho le basokolohi,+ 11 Bakreta+ le Maarabia,+ re utloa ba bua ka maleme a rōna ka lintho tse hlollang tsa Molimo.” 12 E, kaofela ba ne ba hloletsoe ’me ba tsielehile, ba buisana ba re: “Ntho ee e bolela’ng?” 13 Leha ho le joalo, ba bang ba ba soma ’me ba qala ho re: “Ba khotše veine e monate.”+

14 Empa Petrose a ema le ba leshome le motso o mong+ eaba o phahamisa lentsoe ’me o ba bolella sena: “Banna ba Judea le lōna bohle baahi ba Jerusalema,+ le ke le tsebe sena ’me le mamele lipolelo tsa ka. 15 Ha e le hantle, batho bana ha baa tahoa,+ joalokaha le nahana, kaha ke hora ea boraro ea letsatsi. 16 Ho fapana le hoo, sena ke se ileng sa boleloa ka moprofeta Joele, 17 Molimo o re: ‘“Matsatsing a ho qetela, ke tla tšollela o mong oa moea+ oa ka holim ’a nama ea mofuta o mong le o mong, ’me bara ba lōna le barali ba lōna ba tla profeta ’me bahlankana ba lōna ba tla bona lipono le banna-baholo ba lōna ba tla lora litoro;+ 18 ke tla tšollela o mong oa moea oa ka esita le holim ’a makhoba a ka le holim ’a makhabunyane a ka matsatsing ao, ’me a tla profeta.+ 19 ke tla etsa limakatso holimo leholimong le lipontšo tlaase lefatšeng, mali le mollo le moholi oa mosi;+ 20 letsatsi+ le tla fetoha lefifi le khoeli e fetohe mali pele letsatsi le leholo le le khanyang haholo la Jehova le fihla.+ 21 E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.”’+

22 “Banna ba Iseraele, utloang mantsoe ana: Jesu Monazaretha,+ monna eo Molimo a mo bonahalitseng phatlalatsa ho lōna ka mesebetsi+ e matla le limakatso le lipontšo tseo Molimo a li entseng ka eena har’a lōna,+ feela joalokaha le tseba, 23 monna enoa, joaloka ea nehetsoeng ka morero oo ho entsoeng qeto ka oona le ho tseba esale pele ha Molimo,+ le ile la mo khokhothela thupeng ka matsoho a banna ba sa eeng ka molao ’me la mo bolaea.+ 24 Empa Molimo a mo tsosa+ ka ho lokolla bohloko ba lefu,+ hobane ho ne ho ke ke ha khoneha hore bo tsoele pele bo mo tšoere ka tieo.+ 25 Etsoe Davida o re mabapi le eena, ‘Ke ne ke e-na le Jehova kamehla ka pel’a mahlo a ka; kahobane o ka letsohong la ka le letona e le hore le ka mohla ke se ke ka sisinngoa.+ 26 Ka lebaka lena pelo ea ka e ile ea hlasimoloha ’me leleme la ka la thaba haholo. Ho feta moo, esita le nama ea ka e tla lula ka tšepo;+ 27 hobane u ke ke ua tlohela moea oa ka Hadese, kapa ua lumella ea tšepahalang oa hao hore a bone ho bola.+ 28 U ntsebisitse litsela tsa bophelo, u tla ntlatsa ho hlasimoloha ka sefahleho sa hao.’+

29 “Banna, barab’eso, hoa lumelleha ho bua le lōna ka bolokolohi malebana le hlooho ea lelapa Davida, hore o ile a shoa+ a ba a patoa ’me lebitla la hae le har’a rōna ho fihlela letsatsing lena. 30 Ka hona, ka lebaka la hore e ne e le moprofeta ’me a tseba hore Molimo o ne a mo hlapanyelitse ka kano hore o ne a tla lulisa ea tsoang litholoaneng tsa letheka la hae teroneng ea hae,+ 31 o ile a bona esale pele ’me a bolela malebana le tsoho ea Kreste, hore ha aa ka a tloheloa Hadese kapa nama ea hae ea bona ho bola.+ 32 Jesu enoa Molimo o ile a mo tsosa, e leng ’nete eo kaofela re leng lipaki+ tsa eona. 33 Ka hona ka lebaka la hore o ile a phahamisetsoa ka letsohong le letona la Molimo+ ’me a amohela moea o halalelang o tšepisitsoeng o tsoang ho Ntate,+ o tšolotse sena seo le se bonang le ho se utloa. 34 Ha e le hantle Davida ha aa ka a nyolohela maholimong,+ empa o re, ‘Jehova o itse ho Moren ’a ka: “Lula ka letsohong la ka le letona,+ 35 ho fihlela ke beha lira tsa hao joaloka setuloana sa maoto a hao.”’+ 36 Ka hona ntlo eohle ea Iseraele e ke e tsebe kannete-nete hore Molimo o mo entse Morena+ le Kreste, Jesu enoa eo le ileng la mo khokhothela thupeng.”+

37 Joale ha ba utloa sena ba hlabeha ho fihla lipelong,+ eaba ba re ho Petrose le baapostola ba bang kaofela: “Banna, barab’abo rōna, re tla etsa joang?”+ 38 Petrose a re ho bona: “Bakang,+ ’me e mong le e mong oa lōna a ke a kolobetsoe+ ka lebitso+ la Jesu Kreste hore le tšoareloe+ libe, ’me le tla amohela mpho e sa lefelloeng+ ea moea o halalelang. 39 Etsoe tšepiso+ ena e ea ho lōna le ho bana ba lōna le ho bohle ba hōle,+ ba bangata bao Jehova Molimo oa rōna a ka ba bitsetsang ho eena.”+ 40 Ka mantsoe a mang a mangata a paka ka ho phethahetseng ’me a ’na a ba eletsa, a re: “Pholohang molokong ona o khopameng.”+ 41 Ka hona ba ileng ba amohela lentsoe la hae ka pelo eohle ba kolobetsoa,+ ’me letsatsing leo ha eketsoa meea e ka bang likete tse tharo.+ 42 Ba tsoela pele ho inehela thutong ea baapostola le ho arolelaneng,+ ho jeng lijo+ le lithapelong.+

43 Ka sebele, tšabo ea qala ho oela moea o mong le o mong, ’me limakatso le lipontšo tse ngata tsa qala ho etsahala ka baapostola.+ 44 Bohle ba ileng ba fetoha balumeli ba ne ba le hammoho ho kopaneleng lintho tsohle,+ 45 ’me ba qala ho rekisa matlotlo+ le thepa ea bona ’me ba abela bohle chelete eohle ea tse rekisitsoeng, hantle feela kamoo mang kapa mang a neng a hloka+ kateng. 46 Letsatsi le letsatsi ba ne ba e-ba teng ka nako eohle tempeleng ka tumellano,+ ’me ba ja lijo tsa bona malapeng a bona ’me ba ja lijo ka thabo+ e khōlō le ka pelo e tšepahalang, 47 ba rorisa Molimo ’me ba fumana kamohelo ho batho+ bohle. Ka nako e tšoanang Jehova a tsoela pele ho ba eketsa+ letsatsi le letsatsi ka ba ntseng ba pholosoa.+

3 Joale Petrose le Johanne ba ne ba nyolohela ka tempeleng bakeng sa hora ea thapelo, hora ea borobong,+ 2 ’me monna ea itseng ea neng a holofetse ho tloha pōpelong+ ea ’m ’ae o ne a ntse a jeroe, ’me letsatsi le leng le le leng ba ne ba mo beha haufi le monyako oa tempele o neng o bitsoa O Motle,+ e le hore a kōpe limpho tsa mohau ho ba kenang ka tempeleng.+ 3 Ha a re heli! ’me a bona Petrose le Johanne ba le haufi le ho kena ka tempeleng a qala ho kōpa ho fumana limpho tsa mohau.+ 4 Empa Petrose, hammoho le Johanne, ba mo talima+ eaba ba re: “Re talime.” 5 Kahoo a tsepamisa tlhokomelo ea hae ho bona, a lebeletse ho fumana ho hong ho bona. 6 Leha ho le joalo, Petrose a re: “Ha ke na silevera le khauta, empa ke u fa seo ke nang le sona:+ Ka lebitso la Jesu Kreste Monazaretha,+ tsamaea!”+ 7 Eaba o mo tšoara ka letsoho+ le letona ’me oa mo phahamisa. Hang-hang bohato ba maoto a hae le masapo a hae a maqaqailana a tiea;+ 8 ha a tlōlela holimo,+ a ema eaba o qala ho tsamaea, ’me a kena le bona ka tempeleng,+ a tsamaea a bile a tlōla le ho rorisa Molimo. 9 Batho+ bohle ba mo bona a tsamaea ’me a rorisa Molimo. 10 Ho feta moo, ba qala ho mo hlokomela, hore enoa e ne e le monna ea neng a lulela hore a fumane limpho tsa mohau Hekeng e Ntle+ ea tempele, eaba ba makala haholo ’me ba hlolloa haholo+ ka lebaka la se neng se mo etsahaletse.

11 Joale, ha monna eo a ntse a tšoere Petrose le Johanne, batho bohle ba mathela ho bona ho se neng se bitsoa mathule a Solomone,+ ba maketse haholo. 12 Ha Petrose a bona sena, a re ho batho: “Banna ba Iseraele, ke hobane’ng ha le makatsoa ke see, kapa ke hobane’ng ha le re talima joalokaha eka ke ka matla a botho kapa boinehelo ba bomolimo re entseng hore a tsamaee?+ 13 Molimo oa Abrahama le oa Isaka le oa Jakobo,+ Molimo oa baholo-holo ba rōna, o tlotlisitse+ Mohlanka+ oa hae, Jesu, eo lōna, le ileng la nehelana+ ka eena ’me la mo latola ka pel’a sefahleho sa Pilato, ha a ne a entse qeto ea ho mo lokolla.+ 14 E, le ile la latola eo ea halalelang le ea lokileng,+ ’me la kōpa hore monna, eo e neng e le ’molai,+ ho nehelanoe ka eena ka bolokolohi ho lōna, 15 athe le ile la bolaea Moemeli ea ka Sehloohong oa bophelo.+ Empa Molimo a mo tsosa bafung, e leng ’nete eo re leng lipaki tsa eona.+ 16 Ka lebaka leo ka tumelo ea rōna lebitsong la hae, lebitso la hae le matlafalitse monna enoa eo le mo bonang le eo le mo tsebang, ’me tumelo e teng ka eena e file monna enoa ho hlaphoheloa hona ho feletseng mahlong a lōna kaofela. 17 Joale, barab’eso, kea tseba hore le ile la etsa ka ho hloka tsebo,+ feela joalokaha babusi+ ba lōna le bona ba ile ba etsa. 18 Empa ka tsela ena Molimo o phethahalitse lintho tseo a ileng a li tsebisa esale pele ka melomo ea baprofeta bohle, hore Kreste oa hae o ne a tla utloa bohloko.+

19 “Ka hona, bakang,+ ’me le sokolohe+ e le hore libe tsa lōna li hlakoloe,+ e le hore linako tse khathollang+ li ka tla ho tsoa ho Jehova 20 le hore a ka romela Kreste ea behetsoeng lōna, Jesu, 21 eo leholimo, ka sebele, le tla mo boloka ka hare ho lona+ ho fihlela linakong tsa tsosoloso+ ea lintho tsohle tseo Molimo a ileng a bua ka tsona ka melomo ea baprofeta+ ba hae ba halalelang ba nakong ea khale. 22 Ha e le hantle, Moshe o ile a re, ‘Jehova Molimo o tla le hlahisetsa har’a barab’abo lōna moprofeta ea joaloka ’na.+ Le mo mamele ho ea ka lintho tsohle tseo a le bolellang tsona.+ 23 Ka sebele, moea leha e le ofe o sa mameleng Moprofeta eo o tla timetsoa ka ho feletseng har’a sechaba.’+ 24 Ha e le hantle, baprofeta bohle, ho tloha ho Samuele ho ea pele le ba hlahlamang, ba bangata kamoo ba buileng, le bona ba ile ba bolela matsatsi ana ka ho hlaka.+ 25 Le bara+ ba baprofeta le ba selekane seo Molimo a ileng a se etsa le baholo-holo ba lōna, a re ho Abrahama, ‘’Me malapa ’ohle a lefatše a tla hlohonolofatsoa ka peō ea hao.’+ 26 Ka mor’a ho hlahisa Mohlanka oa hae, Molimo o ile a mo romela ho lōna pele,+ ho le hlohonolofatsa ka ho tlosa e mong le e mong liketsong tsa lōna tse khopo.”

4 Joale ha ba babeli bao ba ntse ba bua le sechaba, baprista ba ka sehloohong le motsamaisi oa tempele+ le Basaduse+ ba ba khorohela, 2 ba tšoenyehile kahobane ba ne ba ruta sechaba ’me ba bolela ka ho hlaka ka tsoho ea bafu tabeng ea Jesu;+ 3 ’me ba ba tšoara eaba ba ba kenya litlamong ho fihlela letsatsing le hlahlamang,+ kaha e ne e se e le shoalane. 4 Leha ho le joalo, ba bangata ho ba neng ba mametse puo eo ba lumela,+ ’me palo ea banna ea e-ba ba ka bang likete tse hlano.+

5 Letsatsing le hlahlamang Jerusalema ha bokelloa babusi le banna ba baholo le bangoli+ ba bona 6 (le moprista ea ka sehloohong Anase+ le Kaifase+ le Johanne le Alexandere le ba bangata bao e neng e le seng sa moprista ea ka sehloohong), 7 eaba ba ba emisa har’a bona ’me ba qala ho botsisisa: “Ke ka matla afe kapa ka lebitso la mang le entseng see?”+ 8 Joale Petrose, a tletse moea o halalelang,+ a re ho bona:

“Babusi ba sechaba le banna ba baholo, 9 haeba letsatsing lena re ntse re hlahlojoa, motheong oa ketso e molemo ho monna ea kulang,+ mabapi le hore na ke ka mang monna enoa a folisitsoeng, 10 lōna kaofela le sechaba sohle sa Iseraele le ke le tsebe hore ka lebitso la Jesu Kreste Monazaretha,+ eo le ileng la mo khokhothela thupeng+ empa eo Molimo a ileng a mo tsosa bafung,+ monna enoa o fela a eme mona ka pel’a lōna a phetse hantle ka lebaka la enoa. 11 Lena ke ‘lejoe leo lōna lihahi le ileng la le tšoara joaloka leo e seng la bohlokoa le fetohileng hlooho ea sekhutlo.’+ 12 Ho feta moo, ha ho poloko ho mang kapa mang e mong, kaha ha ho lebitso+ le leng tlas’a leholimo leo ho fanoeng ka lona har’a batho leo ka sebele re tla pholoha ka lona.”+

13 Joale ha ba bona Petrose le Johanne ba bua ka ho toba, ’me ba lemoha hore e ne e le batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng,+ ba makala. Ba qala ho hlokomela hore ba kile ba ba le Jesu;+ 14 ’me ha ba ntse ba shebile motho ea neng a phekotsoe ea neng a eme le bona,+ ba ne ba se na letho leo ba ka le buang ho hanyetsa.+ 15 Kahoo ba ba laela hore ba ee ka ntle ho holo ea Sanhedrine, ’me ba qala ho eletsana, 16 ba re: “Re tla etsa joang ka batho baa?+ Hobane, kannete, pontšo e hlokomelehang e etsahetse ka bona, e bonahalang ho baahi bohle ba Jerusalema;+ ’me re ke ke ra e latola. 17 Leha ho le joalo, e le hore e se ke ea hasana hohle ka ho eketsehileng har’a batho, a re ba bolelleng ka litšokelo hore ho hang ba se ke ba hlola ba bua le motho leha e le ofe ka lebitso lena.”+

18 Eaba baa ba bitsa ’me ba ba laela, hore ho se ke ha e-ba kae kapa kae moo ba buang polelo leha e le efe kapa ba rutang ka lebitso la Jesu. 19 Empa ha Petrose le Johanne ba araba ba re ho bona: “Hore na ho lokile mahlong a Molimo ho mamela lōna ho e-na le Molimo, le ikahlolele. 20 Empa ha e le rōna, re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng.”+ 21 Kahoo, ha ba ba soketse ka ho eketsehileng, ba ba lokolla, kaha ha baa ka ba fumana lebaka leha e le lefe leo ka lona ba neng ba ka ba fa kotlo le ka lebaka la sechaba,+ hobane kaofela se ne se tlotlisa Molimo ka lebaka la se neng se etsahetse; 22 etsoe motho eo pontšo ena ea pholiso e neng e etsahetse ho eena o ne a le ka holimo ho lilemo tse mashome a mane.

23 Ka mor’a ho lokolloa ba ea ho batho ba habo bona+ ’me ba tlaleha lintho tseo baprista ba ka sehloohong le banna ba baholo ba neng ba ba boleletse tsona. 24 Ha ba utloa sena ka tumellano ba phahamisetsa mantsoe a bona ho Molimo+ eaba ba re:

“’Musi+ Morena, ke uena Ea entseng leholimo le lefatše le leoatle le lintho tsohle tse ho tsona,+ 25 le eo ka moea o halalelang a itseng ka molomo oa moholo-holo oa rōna Davida,+ mohlanka oa hao, ‘Ke hobane’ng ha lichaba li bile morusu ’me batho ba thuisa lintho tsa lefeela?+ 26 Marena a lefatše a ile a ema ’me babusi ba khobokana hammoho e le ntho e le ’ngoe khahlanong le Jehova le khahlanong le motlotsuoa oa hae.’+ 27 Ho ntse ho le joalo, Heroda le Ponse Pilato+ le batho ba lichaba le batho ba Iseraele bonneteng ba ne ba bokane motseng ona khahlanong le mohlanka oa hao ea halalelang+ Jesu, eo u mo tlotsitseng,+ 28 e le hore ba etse lintho tseo letsoho le morero oa hao o neng o li khethile esale pele hore li etsahale.+ 29 Joale, Jehova, lebisa tlhokomelo litšokelong tsa bona,+ ’me u etse hore makhoba a hao a ’ne a bolele lentsoe la hao ka sebete sohle,+ 30 ha u ntse u otlolla letsoho la hao bakeng sa pholiso le ha lipontšo le limakatso+ li ntse li etsahala ka lebitso+ la mohlanka+ oa hao ea halalelang Jesu.”

31 Ha ba entse thapeli, sebaka seo ba neng ba bokane ho sona sa sisinyeha;+ eaba kaofela ba tlala moea o halalelang+ ’me ba ne ba bolela lentsoe la Molimo ka sebete.+

32 Ho feta moo, letšoele la ba neng ba lumetse le ne le e-na le pelo e le ’ngoe le moea o le mong,+ ’me ho ne ho se le ea mong ea neng a re leha e le efe ea lintho tseo a neng a e-na le tsona ke ea hae; empa ba ne ba kopanela lintho tsohle.+ 33 Hape, ka matla a maholo baapostola ba tsoela pele ho fana ka bopaki malebana le tsoho ea Morena Jesu;+ ’me ka tekanyo e khōlō mosa o sa tšoanelang o ne o le holim ’a bona kaofela. 34 Ha e le hantle, ho ne ho se ea hlokang har’a bona;+ etsoe bohle ba neng ba e-na le masimo kapa matlo ba ne ba a rekisa ebe ba tlisa chelete ea lintho tse rekisitsoeng 35 ’me ba ne ba e beha maotong a baapostola.+ Ka mor’a moo ho ne ho abeloa+ e mong le e mong, hantle feela kamoo a neng a hloka kateng. 36 Kahoo Josefa, ea ileng a boela a rehoa Barnabase+ ke baapostola, eo ha ho fetoleloa, e bolelang Mora oa Matšeliso, e le Molevi, letsoalloa la Cyprase, 37 ea neng a e-na le karolo ea naha, a e rekisa eaba o tlisa chelete ’me o e beha maotong a baapostola.+

5 Leha ho le joalo, monna ea itseng, eo lebitso la hae e neng e le Ananiase, hammoho le mosali oa hae Safira, a rekisa letlotlo 2 eaba ka sephiri o ipolokela e ’ngoe ea chelete ea thekiso, mosali oa hae le eena a tseba ka eona, ’me a tlisa karolo e ’ngoe feela eaba o e beha maotong a baapostola.+ 3 Empa Petrose a re: “Ananiase, ke hobane’ng ha Satane+ a u betefalitse hore u etsetse+ moea o halalelang+ bolotsana le ho ipolokela ka sephiri e ’ngoe ea chelete ea thekiso ea tšimo? 4 Hafeela e ne e ntse e lutse ho uena na e ne e sa lule e le ea hao, ’me ka mor’a hore e rekisoe na e ne e sa tsoele pele e le taolong ea hao? Ke hobane’ng ha u ile ua rera ketso e joaloka ena ka pelong ea hao? Ha ua etsetsa batho bolotsana,+ empa u etselitse Molimo bolotsana.”+ 5 Ha Ananiase a utloa mantsoe ana a oela fatše eaba oa shoa.+ Tšabo+ e khōlō ea tlela bohle ba utloang ka hona. 6 Empa bahlankana ba ema, ba mo phuthela ka masela, + eaba baa mo jara ba mo ntšetsa ka ntle ’me baa mo pata.

7 Joale ka mor’a hore ho fete lihora tse ka bang tharo mosali oa hae a kena, a sa tsebe se neng se etsahetse. 8 Petrose a re ho eena: “Mpolelle, na lōna ba babeli le ile la rekisa tšimo ka bokaa?” A re: “E, ka bokana.” 9 Kahoo Petrose a re ho eena: “Ke hobane’ng ha le ile la lumellana pakeng tsa lōna ba babeli hore le leke+ moea oa Jehova? Bona! Maoto a ba patileng monna oa hao a monyako, ’me ba tla u jara ba u ntšetse ka ntle.” 10 Hang-hang a oela fatše maotong a hae eaba oa shoa.+ Ha bahlankana bao ba kena ba mo fumana a shoele, eaba baa mo jara ba mo ntšetsa ka ntle ’me ba mo pata haufi le monna oa hae. 11 Ka lebaka leo tšabo e khōlō ea tlela phutheho eohle le bohle ba utloang ka lintho tsena.

12 Ho feta moo, lipontšo le limakatso tse ngata tsa tsoela pele ho etsahala har’a sechaba ka matsoho a baapostola;+ ’me bohle ka tumellano ba ne ba le mathuleng a Solomone.+ 13 Ke ’nete, ho ne ho se le ea mong oa ba bang ea neng a e-na le sebete sa ho ikopanya le bona;+ leha ho le joalo, sechaba se ne se ba rorisa haholo.+ 14 Ho feta moo, balumeli Moreneng ba ’na ba tsoela pele ho eketseha, matšoele a banna hammoho le a basali;+ 15 hoo ba ileng ba ntšetsa ba kulang ka ntle esita le litseleng tse sephara eaba ba ba beha moo holim’a libethe tse nyenyane le mampara, e le hore, ha Petrose a feta, bonyane seriti sa hae se ka oela holim ’a e mong oa bona.+ 16 Hape, letšoele le tsoang metseng e pota-potileng Jerusalema la ’na la phutheha, le jere batho ba kulang le ba khathatsoang ke meea e sa hloekang, ’me kaofela ba ne ba phekoloa.

17 Empa moprista ea phahameng le bohle ba nang le eena, lequloana la Basaduse le neng le le teng ka nako eo, ba ema ’me ba tlala poulelo,+ 18 eaba ba tšoara baapostola ba ba kenya sebakeng sa sechaba sa botlamuoa.+ 19 Empa bosiu lengeloi+ la Jehova la bula menyako ea chankana,+ la ba ntša ’me la re: 20 “Tsamaeang, ’me, ha le eme ka tempeleng, le ’ne le bolelle sechaba lipolelo tsohle tse mabapi le bophelo+ bona.” 21 Ka mor’a ho utloa sena, ba kena ka tempeleng ka meso ’me ba qala ho ruta.

Joale ha moprista ea phahameng le ba nang le eena ba fihla, ba bokella Sanhedrine le sehlopha sohle sa banna ba baholo ba bara ba Iseraele,+ eaba ba romeletsa teronkong hore ba tlisoe. 22 Empa ha balaoli ba fihla moo ha baa ka ba ba fumana chankaneng. Kahoo ba khutla ’me ba tlaleha, 23 ba re: “Re fumane teronko e notletsoe e sirelelitsoe ka hohle ’me balebeli ba eme menyako, empa ha re bula ha ho eo re mo fumaneng ka hare.” 24 Joale, ha motsamaisi oa tempele hammoho le baprista ba ka sehloohong ba utloa mantsoe ana, ba qakeha ke litaba tsena mabapi le hore na sena se ne se tla fella ka eng.+ 25 Empa monna ea itseng a fihla ’me a ba tlalehela: “Bonang! Banna bao le ba kentseng chankaneng ba ka tempeleng, ba eme ’me ba ruta sechaba.”+ 26 Joale motsamaisi a tloha a e-na le balaoli ba hae ’me ba qala ho ba tlisa, empa ntle ho pefo, kaha ba ne ba tšaba+ ho tlepetsoa ka majoe ke sechaba.

27 Kahoo ba ba tlisa ’me ba ba emisa ka holong ea Sanhedrine. Eaba moprista ea phahameng oa ba botsa 28 o re: “Re ile ra le laela+ ka tieo hore le se ke la ’na la ruta ka lebitso lena, ’me leha ho le joalo, bonang! le tlatsitse Jerusalema thuto+ ea lōna, ’me le ikemiselitse ho tlisa mali+ a motho enoa holim ’a rōna.” 29 Ha Petrose le baapostola ba bang ba araba ba re: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.+ 30 Molimo oa baholo-holo ba rōna o tsositse+ Jesu, eo le mo bolaileng, la mo fanyeha thupeng.+ 31 Molimo o mo phahamiselitse ka letsohong la hae le letona+ e le Moemeli ea ka Sehloohong+ le Mopholosi,+ ho fa Iseraele pako+ le tšoarelo ea libe.+ 32 Re lipaki tsa litaba+ tsena, ’me ho joalo le ka moea o halalelang,+ oo Molimo a o fileng ba mo mamelang e le ’musi.”

33 Ha ba utloa sena, ba ikutloa ba hlabehile ka ho tebileng ’me ba ne ba batla ho ba bolaea.+ 34 Empa monna ea itseng a ema ka har’a Sanhedrine, Mofarisi ea bitsoang Gamaliele,+ mosuoe oa Molao ea hlomphuoang ke batho bohle, eaba o laela hore banna bao ba behoe ka ntle ka nakoana.+ 35 A re ho bona: “Banna ba Iseraele,+ ikeleng hloko hore na le rera ho etsa’ng ka banna bana. 36 Ka mohlala, pele ho matsatsi ana Theudase o ile a hlaha, a re eena ke motho oa bohlokoa,+ ’me banna ba bangata, ba ka bang makholo a mane, ba ikopanya le sehlopha+ sa hae. Empa o ile a bolaoa, ’me bohle ba neng ba mo mamela ba qhalakanngoa eaba baa fela. 37 Ka mor’a hae Judase Mogalilea a hlaha matsatsing a ngoliso,+ ’me a ikhulela batho ka mor’a hae. Leha ho le joalo monna eo a timela, ’me bohle ba neng ba mo mamela ba hasanngoa hohle. 38 Kahoo, tlas’a maemo a hona joale, ke re ho lōna, Le se ke la kena-kenana le banna bana, empa le ba tlohele; (hobane, haeba morero ona kapa mosebetsi ona o tsoa ho batho, o tla lihuoa;+ 39 empa haeba o tsoa ho Molimo,+ le ke ke la khona ho ba liha;)+ ho seng joalo, mohlomong le ka fumanoa le loantša Molimo.”+ 40 Eaba ba mo ela hloko, ’me ba bitsa baapostola, ba ba shapa,+ ’me ba ba laela hore ba khaotse ho bua ka lebitso+ la Jesu, eaba baa ba tlohela hore ba tsamaee.

41 Ka hona, ba tloha ka pel’a Sanhedrine, ba thabile+ hobane ba ne ba nkiloe e le ba tšoaneloang ke ho hlompholloa ka lebaka la lebitso+ la hae. 42 Letsatsi le leng le le leng ka tempeleng le ka ntlo le ntlo+ ba tsoela pele ba sa khaotse ho ruta+ le ho bolela litaba tse molemo mabapi le Kreste, Jesu.+

6 Joale matsatsing ana, ha barutuoa ba ntse ba eketseha, ha tsoha ho korotla har’a Bajuda ba buang Segerike+ khahlanong le Bajuda ba buang Seheberu, hobane bahlolohali ba bona ba ne ba hlokomolohuoa kabong ea letsatsi le leng le le leng.+ 2 Kahoo ba leshome le metso e ’meli ba bitsetsa letšoele la barutuoa ho bona ’me ba re: “Hase ho khahlisang hore re tlohele lentsoe la Molimo ho ea aba lijo litafoleng.+ 3 Kahoo, barab’abo rōna, ipatleleng+ banna ba supileng ba pakiloeng har’a lōna, ba tletseng moea le bohlale,+ e le hore re ka ba beha hore ba okamele mosebetsi ona o hlokahalang; 4 empa rōna re tla inehela thapelong le bosebeletsing ba lentsoe.”+ 5 Ntho e builoeng e ne e le e khahlisang ho letšoele lohle, eaba ba khetha Setefane, monna ea tletseng tumelo le moea o halalelang,+ le Filipi+ le Prokore le Nikanore le Timone le Parmena le Nikolase, mosokolohi oa Antioke; 6 ba ba beha ka pel’a baapostola, ’me, ka mor’a ho rapela, ba ba beha matsoho.+

7 Ka lebaka leo lentsoe la Molimo la tsoela pele ho hōla,+ ’me palo ea barutuoa ea ’na ea ata haholo Jerusalema;+ bongata bo boholo ba baprista+ ba qala ho mamela+ tumelo.

8 Joale Setefane, a tletse mosa le matla, o ne a etsa limakatso le lipontšo+ tse khōlō har’a batho. 9 Empa banna ba itseng ho ba tsoang ho seo ho thoeng ke Synagoge ea Banna ba Lokolotsoeng, le ho Bacyrene le Baalexandria+ le ho ba tsoang Silisia+ le Asia, ba ema ho phehisana le Setefane; 10 leha ho le joalo ba ne ba sa khone ho ikemela khahlanong le bohlale+ le moea oo a neng a bua ka oona.+ 11 Joale ka sephiri ba hlohlelletsa batho ho re:+ “Re utloile a bua lipolelo tse nyefolang+ Moshe le Molimo.” 12 Ba hlohla batho le banna ba baholo le bangoli, ’me, ha ba mo khorohela ka tšohanyetso, ba mo nka ka likhoka ’me ba mo isa Sanhedrine.+ 13 Ba tlisa lipaki tsa bohata+ ka pele, tse ileng tsa re: “Motho enoa ha a khaotse ho bua lintho tse khahlanong le sebaka sena se halalelang le tse khahlanong le Molao.+ 14 Ka mohlala, re utloile a re Jesu enoa Monazaretha o tla heletsa sebaka sena le ho fetola litloaelo tseo Moshe a li fetiselitseng ho rōna.”

15 Ha bohle ba neng ba lutse ka har’a Sanhedrine ba ntse ba mo talimile,+ ba bona hore sefahleho sa hae se ne se le joaloka sefahleho sa lengeloi.+

7 Empa moprista ea phahameng a re: “Na lintho tsee li joalo?” 2 A re: “Banna, barab’eso le bo-ntate, utloang. Molimo oa khanya+ o ile a bonahala ho moholo-holo oa rōna Abrahama ha a ntse a le Mesopotamia, pele a lula Harane,+ 3 a re ho eena, ‘Tloha naheng ea heno le ho beng ka uena ’me u tl’o kena naheng eo ke tla u bontša eona.’+ 4 Joale a tsoa naheng ea Bakalde eaba o lula Harane. Ho tloha moo, ka mor’a hore ntat’ae a shoe,+ Molimo a etsa hore a fetole sebaka sa hae sa bolulo ho tla naheng ena eo joale le lulang ho eona.+ 5 Leha ho le joalo ha aa ka a mo fa lefa leha e le lefe ho eona, che, leha e le bophara ba leoto;+ empa a tšepisa ho mo fa eona hore a e rue,+ le ho e fa peō+ ea hae ka mor’a hae, ha a ne a sa ntse a e-s’o be le ngoana.+ 6 Ho feta moo, Molimo a bua sena, hore peō ea hae e ne e tla ba bajaki+ naheng esele+ ’me batho ba ne ba tla ba etsa makhoba le ho ba hlorisa ka lilemo tse makholo a mane.+ 7 Molimo a re: ‘Sechaba seo e tla ba makhoba a sona ke tla se ahlola,+ ’me ka mor’a lintho tsena ba tla tsoa ’me ba tla nketsetsa tšebeletso e halalelang sebakeng sena.’+

8 “A boela a mo fa selekane sa lebollo;+ ka tsela ena a tsoala Isaka+ ’me a mo bolotsa letsatsing la borobeli,+ ’me Isaka a tsoala Jakobo, ’me Jakobo a tsoala lihlooho tsa malapa tse leshome le metso e ’meli.+ 9 Lihlooho tsa malapa tsa honohela+ Josefa eaba li mo rekisa Egepeta.+ Empa Molimo o ne a e-na le eena,+ 10 ’me a mo lopolla matšoenyehong ’ohle a hae ’me a mo fa mosa le bohlale mahlong a Faro morena oa Egepeta. A mo beha hore a buse Egepeta le ntlo+ eohle ea hae. 11 Empa tlala ea tlela Egepeta le Kanana eohle, esita le matšoenyeho a maholo; ’me baholo-holo ba rōna ba ne ba sa fumane lijo.+ 12 Empa Jakobo a utloa hore ho ne ho e-na le lijo Egepeta+ eaba o romela baholo-holo ba rōna ka lekhetlo la pele.+ 13 Lekhetlong la bobeli Josefa a tsebahatsoa ho barab’abo;+ ’me lesika la lelapa la Josefa la bonahala ho Faro.+ 14 Kahoo Josefa a romeletsa ’me a bitsa ntat’ae Jakobo le beng ka eena kaofela sebakeng seo,+ ho fihlela palong ea meea e mashome a supileng a metso e mehlano.+ 15 Jakobo a theohela Egepeta.+ A shoa;+ ’me ha e-ba joalo le ka baholo-holo+ ba rōna, 16 ’me ba fallisetsoa Shikeme+ eaba ba behoa ka lebitleng+ leo Abrahama a neng a le rekile ka theko ka chelete ea silevera Shikeme+ ho bara ba Hamore.

17 “Hantle feela ha nako e ne e atamela ea ho phethahala ha tšepiso eo Molimo a neng a e boleletse Abrahama pepenene, sechaba sa eketseha ’me sa ata Egepeta,+ 18 ho fihlela ho hlaha morena osele Egepeta, ea neng a sa tsebe Josefa.+ 19 Enoa a sebelisa bolotsana khahlanong le morabe+ oa rōna ’me ka mokhoa o fosahetseng a qobella bo-ntate ho lahla masea a bona, e le hore a se ke a bolokoa a phela.+ 20 Nakong eo Moshe a tsoaloa,+ ’me o ne a le motle+ ho Molimo. A hlokomeloa ka likhoeli tse tharo lapeng la ntat’ae. 21 Empa ha a lahloa, morali oa Faro a mo nka eaba o mo hōlisa joaloka mora oa hae.+ 22 Ka lebaka leo Moshe a rupeloa ka bohlale+ bohle ba Baegepeta. Ha e le hantle, o ne a le matla mantsoeng+ le liketsong tsa hae.

23 “Joale ha nako ea selemo sa hae sa mashome a mane e ntse e phethahala, ha fihla pelong ea hae hore a hlahlobe barab’abo, bara ba Iseraele.+ 24 Ha a re heli! ’me a bona e mong a tšoaroa ka mokhoa o hlokang toka, a mo sireletsa ’me a pheteletsa ea etsoang hampe ka ho bolaea Moegepeta.+ 25 O ne a nahana hore barab’abo ba ne ba tla utloisisa hore Molimo o ne a ba fa poloko ka letsoho+ la hae, empa ha baa ka ba utloisisa. 26 Letsatsing le hlahlamang a bonahala ho bona ha ba ntse ba loana, ’me a leka ho ba kopanya hape ka khotso,+ a re, ‘Banna, le bara ba motho. Ke hobane’ng ha le tšoarana ka mokhoa o hlokang toka?’+ 27 Empa ea neng a tšoara moahelani oa hae ka mokhoa o hlokang toka a mo qhelela ka thōko, a re, ‘Ke mang ea u behileng hore u be ’musi le moahloli oa rōna?+ 28 Ha u batle ho mpolaea ka mokhoa o tšoanang le oo u bolaileng Moegepeta ka oona maobane, na ha ho joalo?’+ 29 Moshe a baleha ke puo ena ’me ea e-ba mojaki naheng ea Midiane,+ moo a ileng a tsoala bara ba babeli.+

30 “Ha lilemo tse mashome a mane li phethahala, lengeloi la hlaha ho eena lefeelleng la Thaba ea Sinai le le lelakabeng la mollo la sehlahla se meutloa.+ 31 Joale ha Moshe a le bona a hlolloa ke pono+ eo. Empa ha a ntse a atamela ho batlisisa, lentsoe la Jehova la tla, 32 ‘Ke ’na Molimo oa baholo-holo ba hao, Molimo oa Abrahama le oa Isaka le oa Jakobo.’+ A ntse a thothomela, Moshe a se ke a iteta sefuba ho batlisisa ka ho eketsehileng. 33 Jehova a re ho eena, ‘Rōla meqathatso, kaha sebaka seo u emeng ho sona ke mobu o halalelang.+ 34 Ka sebele ke bone ho tšoaroa hampe ha sechaba sa ka se Egepeta,+ ’me ke utloile ho bobola+ ha sona ’me ke theohile ho tla se lopolla.+ Joale tloo, ke tla u romela Egepeta.’+ 35 Moshe enoa, eo ba ileng ba mo latola, ba re, ‘Ke mang ea u behileng hore u be ’musi le moahloli?’+ monna enoa Molimo o ile a mo romela+ e le ’musi hammoho le molopolli ka letsoho la lengeloi le ileng la bonahala ho eena sehlahleng se meutloa. 36 Monna enoa a ba etella pele ho tsoa+ ka mor’a ho etsa limakatso le lipontšo Egepeta+ le Leoatleng le Lefubelu+ le lefeelleng ka lilemo tse mashome a mane.+

37 “Enoa ke eena Moshe ea ileng a re ho bara ba Iseraele, ‘Molimo o tla le hlahisetsa har’a barab’abo lōna moprofeta ea joaloka ’na.’+ 38 Enoa ke eena+ ea ileng a ba har’a phutheho+ lefeelleng a e-na le lengeloi+ le ileng la bua le eena Thabeng ea Sinai hammoho le baholo-holo ba rōna, ’me a amohela liphatlalatso+ tse phelang tse halalelang hore a le fe tsona. 39 Baholo-holo ba rōna ba ile ba hana ho mo mamela, empa ba mo qhelela ka thōko+ ’me ka lipelong tsa bona ba khutlela Egepeta,+ 40 ba re ho Arone, ‘Re etsetse melimo hore e re etelle pele. Etsoe Moshe enoa, ea re eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta, ha re tsebe se mo etsahaletseng.’+ 41 Kahoo ba etsa namane matsatsing+ ao eaba ba tlisa sehlabelo setšoantšong se rapeloang ’me ba qala ho ithabisa mesebetsing ea matsoho a bona.+ 42 Kahoo Molimo a reteleha ’me a nehelana+ ka bona hore ba etsetse lekhotla la leholimo tšebeletso e halalelang, feela joalokaha ho ngoliloe bukeng ea baprofeta,+ ‘Hase ’na eo le ileng la nyehela liphofu le mahlabelo ho eena ka lilemo tse mashome a mane lefeelleng, na ha ho joalo, Lōna ba ntlo ea Iseraele?+ 43 Empa e ne e le tente ea Moloke+ le naleli+ ea molimo Refane tseo le ileng la li nka, litšoantšo tseo le ileng la li etsa hore le li rapele. Ka lebaka leo ke tla le isa+ ka nģ’ane ho Babylona.’

44 “Baholo-holo ba rōna ba ne ba e-na le tente ea bopaki lefeelleng, feela joalokaha a ile a fana ka litaelo ha a bua le Moshe hore a e etse ho ea ka mohlala oo a neng a o bone.+ 45 Baholo-holo ba rōna bao e ileng ea e-ba bahlahlami ho eona le bona ba e tlisa le Joshua+ ho kena naheng eo e neng e le ea lichaba,+ tseo Molimo a ileng a li lahlela ntle ho tloha ka pel’a baholo-holo+ ba rōna. Ea lula mona ho fihlela matsatsing a Davida. 46 A fumana kamohelo+ mahlong a Molimo ’me a kōpa tokelo ea ho lokisetsa Molimo oa Jakobo bolulo.+ 47 Leha ho le joalo, Solomone a mo hahela ntlo.+ 48 Leha ho le joalo, Ea Phahameng ka ho Fetisisa ha a lule ka matlung a entsoeng ka matsoho;+ feela joalokaha moprofeta a re, 49 ‘Leholimo ke terone ea ka,+ ’me lefatše ke setuloana sa ka sa maoto.+ Ke ntlo ea mofuta ofe eo le tla nkahela eona? ho bolela Jehova. Kapa sebaka sa phomolo ea ka ke sefe?+ 50 Letsoho la ka le entse lintho tsena tsohle, na ha ho joalo?’+

51 “Banna ba manganga le ba sa bollang lipelong+ le litsebeng, kamehla le hanyetsa moea o halalelang; joalokaha baholo-holo ba lōna ba ile ba etsa, le lōna le etsa joalo.+ 52 Ke ofe oa baprofeta eo baholo-holo ba lōna ba sa kang ba mo hlorisa?+ E, ba ile ba bolaea+ ba ileng ba etsa tsebiso esale pele malebana le ho tla ha Ea lokileng,+ eo joale le fetohileng baeki le babolai ba hae,+ 53 lōna ba amohetseng Molao joalokaha o fetisitsoe ke mangeloi+ empa le sa o boloka.”

54 Joale, ha ba utloa lintho tsena ba ikutloa ba hlabehile lipelo+ ’me ba qala ho mo tsikitlanyetsa meno.+ 55 Empa eena, a tletse moea o halalelang, a talima leholimong ’me a re heli! eaba o bona khanya ea Molimo le ea Jesu a eme ka letsohong le letona+ la Molimo, 56 eaba o re: “Bonang! Ke bona maholimo a bulehile+ le Mor’a motho+ a eme ka letsohong le letona+ la Molimo.” 57 Ba hoeletsa ka mantsoe a phahameng ’me ba beha matsoho a bona litsebeng+ tsa bona eaba ba mo rutlolohela ka tumellano. 58 Ka mor’a ho mo lahlela ka ntle ho motse,+ ba qala ho mo betsa ka majoe.+ Lipaki+ tsa beha liaparo tsa tsona tsa ka ntle maotong a mohlankana ea bitsoang Saule.+ 59 Ba tsoela pele ho betsa Setefane ka majoe ha a ntse a etsa boipiletso ’me a re: “Morena Jesu, amohela moea oa ka.”+ 60 Joale, ha a khumama, a hoeletsa ka lentsoe le matla: “Jehova, u se ke ua ba balla sebe sena.”+ Ka mor’a hore a bue sena a robala lefung.

8 Saule o ne a lumellana le polao ea hae.+

Letsatsing leo ha tsoha mahloriso+ a maholo khahlanong le phutheho e neng e le Jerusalema; bohle ntle ho baapostola ba hasana+ ho pholletsa le libaka tsa Judea le Samaria. 2 Empa banna ba nang le tlhompho ea borapeli ba jara Setefane ho ea moo a il’o patoa teng,+ ’me ba mo llela haholo.+ 3 Leha ho le joalo, Saule a qala ho tšoara phutheho hampe. A futuhela ntlo e ’ngoe ka mor’a e ’ngoe ’me, ha a hulanyetsa banna hammoho le basali ntle, o ne a nehelana ka bona chankaneng.+

4 Leha ho le joalo, ba neng ba hasane ba pholletsa le naha ba bolela litaba tse molemo tsa lentsoe.+ 5 Filipi a theohela motseng oa Samaria+ ’me a qala ho bolela Kreste ho bona. 6 Ka tumellano bongata bo ne bo ela hloko lintho tse boleloang ke Filipi ha bo ntse bo mametse ’me bo shebile lipontšo tseo a neng a li etsa. 7 Etsoe ho ne ho e-na le ba bangata ba neng ba e-na le meea e sa hloekang,+ ’me e ne e hoeletsa ka mantsoe a phahameng ebe ea tsoa. Ho feta moo, ba bangata ba neng ba shoele litho+ ’me ba holofetse ba ne ba phekoloa. 8 Kahoo ha e-ba le thabo e khōlō motseng oo.+

9 Joale motseng oo ho ne ho e-na le monna ea itseng ea bitsoang Simone, eo, pele ho sena, a neng a sebelisa tsebo ea boselamose+ ’me a makatsa sechaba sa Samaria, a re ke motho e moholo.+ 10 Kaofela ha bona, ho tloha ho e monyenyane ho ea ho e moholo, ba ne ba mo ela hloko ’me ba re: “Monna enoa ke Matla a Molimo, a ka bitsoang A Maholo.” 11 Kahoo ba ne ba mo ela hloko ka lebaka la hore o ne a ba makalitse nako e telele ka tsebo ea hae ea boselamose. 12 Empa ha ba lumela Filipi, ea neng a bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo+ le tsa lebitso la Jesu Kreste, banna le basali ba qala ho kolobetsoa.+ 13 Simone ea e-ba molumeli, ’me, ka mor’a ho kolobetsoa, o ne a e-ba le Filipi+ ka nako eohle; o ne a makatsoa ke ho bona lipontšo le mesebetsi e matla e meholo e etsahala.

14 Ha baapostola Jerusalema ba utloa hore Basamaria ba ne ba amohetse lentsoe la Molimo,+ ba romela Petrose le Johanne ho bona; 15 eaba baa theoha ’me ba ba rapella hore ba fumane moea o halalelang.+ 16 Etsoe o ne o e-s’o theohele holim ’a mang kapa mang oa bona, empa ba ne ba kolobelitsoe feela ka lebitso la Morena Jesu.+ 17 Joale ba qala ho beha matsoho holim ’a bona,+ ’me ba qala ho amohela moea o halalelang.

18 Joale ha Simone a bona hore moea o ne o fanoa ka ho behoa ha matsoho a baapostola, a re o ba fa chelete,+ 19 a re: “Le ’na mpheng matla ana, e le hore leha e le mang eo ke behang matsoho a ka holim ’a hae a ka amohela moea o halalelang.” 20 Empa Petrose a re ho eena: “E se eka silevera ea hao e ka timela le uena, hobane u nahanne ho rua mpho e sa lefelloeng ea Molimo+ ka chelete. 21 Ha u na karolo kapa kabelo tabeng ena, kaha pelo ea hao ha ea loka mahlong a Molimo.+ 22 Ka hona, bakela bobe bona ba hao, ’me u etse thapeli ho Jehova+ e le hore, haeba ho ka khoneha, u ka tšoareloa morero oa bolotsana oa pelo ea hao; 23 etsoe kea bona hore u nyooko e chefo+ le tlamo ea ho se loke.”+ 24 Ha Simone a araba a re: “Lōna, nketsetseng thapeli+ ho Jehova e le hore ho se ke ha e-ba le letho la lintho tseo le li boletseng le ka ntlelang.”

25 Ka hona, ha ba fane ka bopaki ka ho phethahetseng ’me ba boletse lentsoe la Jehova, ba khutlela Jerusalema, ’me ba qala ho bolella metsana e mengata ea Basamaria litaba tse molemo.+

26 Leha ho le joalo, lengeloi+ la Jehova la bua le Filipi, la re: “Ema ’me u ee boroa tseleng e theohang Jerusalema e eang Gaza.” (Ena ke tsela e sa tsamauoeng.) 27 A ema ’me a ea, ’me, bonang! leqhalaha+ la Moethiopia,+ monna ea neng a le pusong tlas’a Kandase mofumahali oa Baethiopia, le ea neng a okametse letlotlo lohle la hae. O ne a ile Jerusalema ho rapela,+ 28 empa o ne a khutla ’me a lutse ka koloing ea hae a balla holimo moprofeta Esaia.+ 29 Kahoo moea oa re+ ho Filipi: “Atamela ’me u ikopanye le koloi ena.” 30 Filipi a mathela haufi le eona ’me a utloa a balla holimo moprofeta Esaia, eaba o re: “Na u tseba seo u se balang?” 31 A re: “Ka sebele, nka tseba joang ntle leha e mong a ka ntataisa?” Eaba o kōpa Filipi ka tieo hore a hloe ’me a lule fatše le eena. 32 Joale karolo ea Lengolo eo a neng a e balla holimo e ne e le ena: “Joaloka nku o ile a tlisoa tlhabong, le joaloka konyana e sa tsebeng ho bua ka pel’a mokuti oa eona, kahoo ha a ahlamise molomo.+ 33 O ile a amohuoa kahlolo ha a kokobetsoa.+ Ke mang ea tla pheta lintlha tse qaqileng tsa moloko oa hae? Hobane bophelo ba hae bo tlosoa lefatšeng.”+

34 Ha leqhalaha le araba la re ho Filipi: “Kea u kōpa, Moprofeta o bua see mabapi le mang? Mabapi le eena kapa mabapi le motho e mong ea itseng?” 35 Filipi a ahlamisa molomo+ ’me, ha a qala ka Lengolo+ lena, a mo bolella litaba tse molemo mabapi le Jesu. 36 Joale ha ba ntse ba tsamaea tseleng, ba fihla moo ho nang le metsi, eaba leqhalaha le re: “Bona! Metsi; ke eng se nthibelang ho kolobetsoa?”+ 37 —— 38 A laela hore koloi e eme, ’me ka bobeli ba theohela ka metsing, Filipi le leqhalaha; ’me a le kolobetsa. 39 Ha ba nyolohetse ka ntle ho metsi, kapele moea oa Jehova oa tlosa+ Filipi, ’me leqhalaha leo ha lea ka la hlola le mo bona, etsoe le ile la tsoela pele ho tsamaea le thabile. 40 Empa Filipi a fumanoa a le Ashdode, ’me a pholletsa le sebaka seo ’me a ’na a tsoela pele ho bolella+ metse eohle litaba tse molemo ho fihlela a fihla Cesarea.+

9 Empa Saule, a sa ntse a tletse tšokelo le polao+ khahlanong le barutuoa+ ba Morena, a ea ho moprista ea phahameng 2 ’me a mo kōpa mangolo a eang lisynagogeng tsa Damaseka, e le hore leha e le bafe bao a neng a ba fumana bao e neng e le ba Tsela Eo,+ banna le basali, a ka ba tlisa ba tlamiloe Jerusalema.

3 Joale ha a ntse a tsamaea o ile a atamela Damaseka, ha ka tšohanyetso leseli le tsoang leholimong le halima ho mo potoloha,+ 4 eaba o oela fatše ’me o utloa lentsoe le re ho eena: “Saule, Saule, u ntlhorisetsa’ng?”+ 5 A re: “U mang, Morena?” A re: “Ke ’na Jesu, eo u mo hlorisang.+ 6 Leha ho le joalo, ema+ ’me u kene motseng, ’me u tla bolelloa seo u lokelang ho se etsa.” 7 Joale banna ba neng ba tsamaea le eena+ ba ne ba eme ba sa khone ho bua,+ ba utloa molumo oa lentsoe,+ empa ba sa bone motho leha e le ofe. 8 Empa Saule a tsoha fatše, ’me le hoja mahlo a hae a ne a bulehile o ne a sa bone letho.+ Kahoo ba mo tataisa ba mo tšoere ka letsoho ’me ba mo isa Damaseka. 9 Ka matsatsi a mararo ha aa ka a bona letho,+ ’me ha aa ka a ja kapa a noa.

10 Damaseka ho ne ho e-na le morutuoa ea itseng ea bitsoang Ananiase,+ eaba Morena o re ho eena ponong: “Ananiase!” A re: “Ke ’na enoa, Morena.” 11 Morena a re ho eena: “Ema, u ee seterateng se bitsoang Se Otlolohileng, ’me ntlong ea Judase u batle monna ea bitsoang Saule, ea tsoang Tarsase.+ Etsoe, bona! oa rapela, 12 ’me ponong o bone monna ea bitsoang Ananiase a kena ’me a beha matsoho holim ’a hae e le hore a ka boela a bona.”+ 13 Empa Ananiase a araba: “Morena, ke utloile ho ba bangata mabapi le monna enoa, hore na ke lintho tse ngata hakae tse mpe tseo a li entseng ho bahalaleli ba hao Jerusalema. 14 Bona! o na le matla a tsoang ho baprista ba ka sehloohong a ho kenya litlamong bohle ba ipiletsang lebitsong la hao.”+ 15 Empa Morena a re ho eena: “Tsamaea, hobane monna enoa ke sejana se khethiloeng+ ho ’na hore se jare lebitso la ka ho ea lichabeng+ hammoho le ho marena+ le ho bara ba Iseraele. 16 Etsoe ke tla mo bontša ka ho hlaka hore na ke lintho tse ngata hakae tseo a tla utloisoa bohloko ke tsona bakeng sa lebitso la ka.”+

17 Kahoo Ananiase a tloha ’me a kena ka tlung, eaba o beha matsoho holim ’a hae ’me o re: “Saule, mor’eso, Morena, e leng Jesu ea ileng a bonahala ho uena tseleng eo u neng u tla ka eona, o nthomile, e le hore u ka boela ua bona ’me ua tlala moea o halalelang.”+ 18 Kapele-pele mahlong a hae ha oa se neng se shebahala joaloka makhakhapha, eaba o boetse oa bona; a ema ’me a kolobetsoa, 19 eaba o ja lijo ’me o fumana matla.+

A khona ho ba hammoho le barutuoa matsatsi a itseng Damaseka,+ 20 ’me kapele-pele ka lisynagogeng a qala ho bolela Jesu,+ hore Enoa ke Mora oa Molimo. 21 Empa bohle ba mo utloang ba makala ’me ba ne ba re: “Na eo hase eena monna ea ileng a ripitla+ ba leng Jerusalema ba ipiletsang lebitsong lee, le ea neng a tlile moo ka oona morero oo, e le hore a ka ba isa ba tlamiloe ho baprista ba ka sehloohong?”+ 22 Empa Saule a ’na a tsoela pele ho fumana matla ka ho eketsehileng ’me o ne a tsietsa Bajuda ba neng ba lula Damaseka ha a ntse a paka ka mabaka a utloahalang hore enoa ke Kreste.+

23 Joale ha matsatsi a mangata haholo a fihla qetellong, Bajuda ba rerisana hore ba mo bolaee.+ 24 Leha ho le joalo, morero oa bona o mobe khahlanong le eena oa tsejoa ke Saule. Empa ba ne ba shebile ka hloko le liheke bosiu le motšehare e le hore ba mo bolaee.+ 25 Kahoo barutuoa ba hae ba mo nka ’me ba mo theolela tlaase bosiu ka lesoba le lerakong, ba mo theola ka baskete.+

26 Ha a fihla Jerusalema+ a etsa boiteko ba ho ikopanya le barutuoa; empa kaofela ba ne ba mo tšaba, hobane ba ne ba sa lumele hore ke morutuoa. 27 Kahoo Barnabase a mo phallela+ ’me a mo isa ho baapostola, eaba o ba bolella ka ho qaqileng kamoo a neng a bone Morena+ tseleng le hore o ne a buile le eena,+ le kamoo a neng a buile ka sebete ka lebitso la Jesu Damaseka.+ 28 A hlola le bona, a kena le ho tsoa Jerusalema, a bua ka sebete ka lebitso la Morena;+ 29 o ne a bua a bile a phehisana le Bajuda ba buang Segerike. Empa ba leka ho mo bolaea.+ 30 Ha barab’abo ba lemoha sena, ba mo theolela Cesarea eaba ba mo romela Tarsase.+

31 Joale, phutheho+ ho pholletsa le Judea le Galilea le Samaria kaofela ea kena nakong ea khotso, e ntse e hahoa; ha e ntse e tsamaea tšabong ea Jehova+ le matšelisong a moea o halalelang+ ea ’na ea tsoela pele ho ata.

32 Joale ha Petrose a ntse a pholletsa le likarolo tsohle a theohela le ho bahalaleli ba neng ba lula Lyda.+ 33 A fumana motho ea itseng ea bitsoang Aenease moo, ea neng a rapaletse lempareng la hae ka lilemo tse robeli, kaha o ne a shoele litho. 34 Petrose a re ho eena:+ “Aenease, Jesu Kreste oa u folisa.+ Tsoha ’me u alole bethe ea hao.” A tsoha kapele-pele. 35 Bohle ba neng ba ahile Lyda le thoteng ea Sharone+ ba mo bona, ’me ba retelehela ho Morena.+

36 Empa Jopa+ ho ne ho e-na le morutuoa ea itseng ea bitsoang Tabitha, eo, ha e fetoleloa, e bolelang Dorkase. O ne a tletse liketso+ tse molemo le limpho tsa mohau tseo a neng a fana ka tsona. 37 Empa matsatsing ao a kula a ba a shoa. Kahoo ba mo hlatsoa eaba ba mo beha ka kamoreng e ka holimo. 38 Kaha joale Lyda e ne e le haufi le Jopa,+ ha barutuoa ba utloa hore Petrose o ne a le motseng ona ba romela banna ba babeli ho eena ho mo kōpa ka tieo: “Ka kōpo u se ke ua tsilatsila ho tla u be u tl’o fihla ho rōna.” 39 Petrose a ema ’me a ea le bona. Ha a fihla, ba mo isa ka kamoreng e ka holimo; bahlolohali bohle ba itlhahisa ho eena ba lla ’me ba bontša liaparo tsa ka hare le liaparo tsa ka ntle+ tse ngata tseo Dorkase a neng a li etsa ha a sa ntse a e-na le bona.+ 40 Empa Petrose a ntšetsa e mong le e mong ka ntle+ ’me, ha a khumama, a rapela, ’me, ha a retelehela ho setopo, a re: “Tabitha, tsoha!” A bula mahlo, eare ha a re heli! ’me a bona Petrose, a lula.+ 41 Ha a mo tšoara ka letsoho, a mo phahamisa,+ eaba o bitsa bahalaleli le bahlolohali ’me o mo hlahisa ho bona a phela.+ 42 Sena sa tsejoa ho pholletsa le Jopa eohle, ’me ba bangata ea e-ba balumeli ho Morena.+ 43 Ka matsatsi a mangata a lula Jopa+ a e-na le Simone ea itseng, mosuhi oa matlalo.+

10 Joale Cesarea ho ne ho e-na le monna ea itseng ea bitsoang Korneliase, molaoli oa lebotho+ la sehlopha+ sa Mataliana, kamoo se neng se bitsoa kateng, 2 monna ea inehetseng+ le ea tšabang+ Molimo hammoho le bohle ba ntlo ea hae, ’me o ne a fa batho+ limpho tse ngata tsa mohau ’me a etsa thapeli ho Molimo a sa khaotse.+ 3 Hoo e ka bang ka hora ea borobong+ ea letsatsi a bona ka ho hlaka ponong+ lengeloi+ la Molimo le tla ho eena ’me le re ho eena: “Korneliase!” 4 Monna eo a le talima ’me, ha a tšoha, a re: “Ke’ng, Morena?” La re ho eena: “Lithapelo+ le limpho tsa hao tsa mohau li nyolohetse ka pel’a Molimo e le khopotso.+ 5 Kahoo joale romela banna Jopa ’me u bitse Simone ea itseng ea boetseng a rehiloeng Petrose. 6 Monna enoa o ntse a lula e le moeti ha Simone ea itseng, mosuhi oa matlalo, ea nang le ntlo pel’a leoatle.”+ 7 Hang ha lengeloi le buileng le eena le tlohile, a bitsa ba babeli ba bahlanka ba hae ba ntlo le lesole le leng le inehetseng har’a a neng a ba le eena ka nako eohle,+ 8 eaba o ba phetela ntho e ’ngoe le e ’ngoe ’me o ba roma Jopa.+

9 Ka letsatsi le hlahlamang ha ba ntse ba tsoela pele leetong la bona ’me ba atamela motse, Petrose a nyolohela ka holim ’a ntlo+ hoo e ka bang ka hora ea botšelela ho ea rapela.+ 10 Empa a lapa haholo ’me a batla ho ja. Ha ba ntse ba lokisa, a haptjoa kelellong+ 11 eaba o bona leholimo le bulehile+ ’me sejana sa mofuta o itseng se theoha joaloka lesela la line le leholo le theoleloang lefatšeng ka liqola tsa lona tse ’nè; 12 ka ho sona ho ne ho e-na le libōpuoa tsa mefuta eohle tse maoto a mane le lihahabi tsa lefatše le linonyana tsa leholimo.+ 13 Lentsoe la tla ho eena: “Petrose, ema, u hlabe ’me u je!”+ 14 Empa Petrose a re: “Che, Morena, hobane le ka mohla ha ke e-s’o je ntho leha e le efe e silafetseng le e sa hloekang.”+ 15 Lentsoe leo la boela la bua le eena, ka lekhetlo la bobeli: “U khaotse ho bitsa lintho tseo Molimo a li hloekisitseng hore li silafetse.”+ 16 Sena sa etsahala ka lekhetlo la boraro, ’me kapele-pele sejana seo sa nkeloa leholimong.+

17 Joale ha Petrose a ntse a tsielehile haholo mabapi le hore na ekaba pono eo a e boneng e bolela’ng, bonang! banna ba romiloeng ke Korneliase ba ne ba botsisisitse ka ntlo ea Simone ’me ba eme moo hekeng.+ 18 Ba hoeletsa ’me ba botsisisa hore na ebe Simone ea neng a boetse a rehiloe Petrose o ne a ntse a lula e le moeti moo. 19 Ha Petrose a ntse a nahanisisa pono eo ka kelellong ea hae, moea+ oa re: “Bona! Banna ba bararo baa u batla. 20 Leha ho le joalo, ema, u theohele mokatong o ka tlaase ’me u tsamaee le bona, u sa belaele ho hang, hobane ke ba romile.”+ 21 Kahoo Petrose a theohela ho banna bao mokatong o ka tlaase eaba o re: “Bonang! Ke ’na eo le mo batlang. Le tlile moo ka lebaka lefe?” 22 Ba re: “Korneliase, molaoli oa lebotho, monna ea lokileng le ea tšabang Molimo+ le ea buuoang hantle+ ke sechaba sohle sa Bajuda, o ile a fuoa litaelo tsa bomolimo ke lengeloi le halalelang tsa hore a romeletse hore u tle tlung ea hae ’me a utloe lintho tseo u tla li bua.” 23 Ka hona a ba memela hore ba kene ’me a ba amohela.

Letsatsing le hlahlamang a tsoha ’me a tloha le bona, ’me ba bang ba barab’abo rōna ba neng ba tsoa Jopa ba tsamaea le eena. 24 Letsatsi ka mor’a moo a kena Cesarea. Ka ho hlakileng, Korneliase o ne a ba lebeletse ’me o ne a bokeletse beng ka eena le metsoalle e haufi-ufi. 25 Eare ha Petrose a kena, Korneliase a mo khahlanyetsa, a itihela maotong a hae ’me a mo inamela. 26 Empa Petrose a mo phahamisa, a re: “Ema; le ’na ke motho.”+ 27 Ha a ntse a buisana le eena a kena ’me a fumana batho ba bangata ba bokane, 28 eaba o re ho bona: “Le tseba hantle kamoo ho sa lumelloeng ke molao hore Mojuda a ikopanye le motho oa morabe o mong+ kapa a mo atamele; leha ho le joalo Molimo o mpontšitse hore ha kea lokela ho re motho o silafetse kapa ha aa hloeka.+ 29 Kahoo ke tlile, ntle ho khanyetso, ha ho romeletsoa hore ke tle. Ka hona ke botsisisa lebaka leo ka lona u romelelitseng hore ke tle.”

30 Ka lebaka leo Korneliase a re: “Matsatsi a mane a fetileng ha ho baloa ho tloha horeng ena ke ne ke ntse ke rapela ka tlung ea ka ka hora ea borobong,+ ha, bonang! monna ea liaparo li khanyang+ a ema ka pel’a ka 31 ’me a re, ‘Korneliase, thapelo ea hao e utloiloe ka mokhoa o amohelehang ’me limpho tsa hao tsa mohau li hopotsoe ka pel’a Molimo.+ 32 Ka hona, romela molaetsa Jopa ’me u bitse Simone, ea boetseng a rehiloeng Petrose.+ Monna enoa o ntse a lula e le moeti ka tlung ea Simone, mosuhi oa matlalo, haufi le leoatle.’+ 33 Ka hona hang-hang ka romela molaetsa ho uena, ’me u entse hantle ka ho tla mona. Kahoo nakong ena kaofela re teng ka pel’a Molimo ho utloa lintho tsohle tseo Jehova a u laetseng hore u li bue.”+

34 Eaba Petrose o ahlamisa molomo o re: “Kannete-nete kea lemoha hore Molimo ha a leeme,+ 35 empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.+ 36 O ile a romela lentsoe+ ho bara ba Iseraele ho ba bolella litaba tse molemo tsa khotso+ ka Jesu Kreste: Enoa ke Morena oa ba bang kaofela.+ 37 Le tseba taba eo ho neng ho buuoa ka eona ho pholletsa le Judea eohle, ho qala Galilea ka mor’a kolobetso eo Johanne a neng a e bolela,+ 38 e leng, Jesu ea neng a tsoa Nazaretha, kamoo Molimo a ileng a mo tlotsa ka moea o halalelang+ le matla, ’me a pholletsa le naha a etsa se molemo ’me a folisa bohle ba hateletsoeng ke Diabolose;+ hobane Molimo o ne a e-na le eena.+ 39 Re lipaki tsa lintho tsohle tseo a ileng a li etsa naheng ea Bajuda hammoho le Jerusalema; empa ba boela ba mo bolaea ka ho mo fanyeha thupeng.+ 40 Molimo a tsosa Enoa ka letsatsi la boraro ’me a mo neha hore a bonahale,+ 41 eseng ho batho bohle, empa ho lipaki tse behiloeng esale pele ke Molimo,+ ho rōna, ba ileng ba ja le ho noa le eena+ ka mor’a ho tsoha ha hae bafung. 42 Hape, a re laela hore re bolelle+ batho le ho fana ka bopaki bo phethahetseng ba hore Enoa ke eena ea laetsoeng ke Molimo hore e be moahloli oa ba phelang le oa bafu.+ 43 Baprofeta bohle baa mo paka,+ hore e mong le e mong ea behang tumelo ho eena o fumana tšoarelo ea libe ka lebitso la hae.”+

44 Ha Petrose a sa ntse a bua ka litaba tsena moea o halalelang oa theohela holim ’a bohle ba utloang lentsoe.+ 45 Ba tšepahalang ba neng ba tlile le Petrose bao e neng e le ba ba bolotseng ba makala, hobane mpho e sa lefelloeng ea moea o halalelang e ne e ntse e tšolleloa le holim ’a batho ba lichaba.+ 46 Etsoe ba ile ba ba utloa ba bua maleme ’me ba tlotlisa Molimo.+ Joale Petrose a arabela: 47 “Na leha e le mang a ka hana ka metsi e le hore baa ba se ke ba kolobetsoa+ ba amohetseng moea o halalelang joalokaha le rōna re o amohetse?” 48 Eaba o ba laela hore ba kolobetsoe ka lebitso la Jesu Kreste.+ Joale ba mo kōpa hore a lule matsatsi a itseng.

11 Joale baapostola le barab’abo rōna ba neng ba le Judea ba utloa hore batho ba lichaba+ le bona ba ne ba amohetse lentsoe la Molimo. 2 Kahoo ha Petrose a nyolohela Jerusalema, batšehetsi ba lebollo+ ba qala ho phehisana le eena, 3 ba re o ne a kene ka tlung ea banna ba neng ba sa bolla ’me o ne a jele le bona. 4 Eaba Petrose oa qala ’me o tsoela pele ho ba hlalosetsa makolopetso, a re:

5 “Ke ne ke le motseng oa Jopa ke rapela, ’me ha ke hapiloe kelellong ka bona pono, sejana sa mofuta o itseng se theoha joaloka lesela la line le theoloang ka liqola tsa lona tse ’nè le tsoa leholimong, ’me la tla hantle ho ’na. 6 Ha ke le talima ka hare, ka shebisisa ’me ka bona libōpuoa tse maoto a mane tsa lefatše le libata le lihahabi le linonyana tsa leholimo.+ 7 Ka boela ka utloa lentsoe le re ho ’na, ‘Petrose, ema, u hlabe ’me u je!’+ 8 Empa ka re, ‘Che, Morena, hobane ntho e silafetseng kapa e sa hloekang le ka mohla ha e e-s’o kene ka hanong la ka.’+ 9 Ka lekhetlo la bobeli lentsoe le tsoang leholimong la araba, ‘U khaotse ho re lintho tseo Molimo a li hloekisitseng li silafetse.’+ 10 Sena sa etsahala ka lekhetlo la boraro, eaba ntho e ’ngoe le e ’ngoe e boetse e huleloa holimo leholimong.+ 11 Hape, bonang! ka motsotso oo ho ne ho e-na le banna ba bararo ba emeng ntlong eo re neng re le ka ho eona, ba romiloe ho ’na ba tsoa Cesarea.+ 12 Kahoo moea+ oa mpolella hore ke tsamaee le bona, ke sa belaele ho hang. Empa bara bana babo rōna ba tšeletseng le bona ba tsamaea le ’na, ’me ra kena ka tlung ea monna eo.+

13 “A re tlalehela kamoo a ileng a bona lengeloi le ema ka tlung ea hae ’me le re, ‘Roma banna Jopa ’me u re ho bitsoe Simone ea boetseng a rehiloeng Petrose,+ 14 ’me o tla u bolella lintho tseo uena le bohle ba ntlo ea hao le ka pholohang ka tsona.’+ 15 Empa ha ke qala ho bua, moea o halalelang oa theohela holim ’a bona feela joalokaha o ile oa theohela le holim ’a rōna tšimolohong.+ 16 Eaba ke hopola polelo ea Morena, kamoo a neng a ee a re, ‘Johanne o le kolobelitse ka metsi,+ empa le tla kolobetsoa ka moea o halalelang.’+ 17 Ka hona, haeba Molimo a ile a ba fa mpho e tšoanang e sa lefelloeng joalokaha a ile a fa le rōna ba lumetseng ho Morena Jesu Kreste,+ ’na ke ne ke le mang hore nka khona ho sitisa Molimo?”+

18 Joale ha ba utloa lintho tsena, ba inehela ntle ho khang,+ ’me ba tlotlisa Molimo,+ ba re: “Joale, he, Molimo o nehile le batho ba lichaba pako ka morero oa hore ba phele.”+

19 Ka lebaka leo ba neng ba hasantsoe+ ke matšoenyeho a ileng a tsoha ka lebaka la Setefane ba pholletsa ho ea fihla Foenisia+ le Cyprase+ le Antioke, empa ho se eo ba mo bolellang lentsoe haese Bajuda feela.+ 20 Leha ho le joalo, ho bona ho ne ho e-na le banna ba bang ba Cyprase le Cyrene ba ileng ba tla Antioke ’me ba qala ho bua le batho ba buang Segerike,+ ba bolela litaba tse molemo tsa Morena Jesu.+ 21 Ho feta moo, letsoho la Jehova+ le ne le e-na le bona, ’me palo e khōlō e ileng ea fetoha balumeli ea retelehela ho Morena.+

22 Tlaleho e mabapi le bona ea fihla litsebeng tsa phutheho e neng e le Jerusalema, eaba ba roma Barnabase+ ho ea fihla Antioke. 23 Ha a fihla ’me a bona mosa o sa tšoanelang+ oa Molimo, a thaba+ ’me a qala ho ba khothaletsa kaofela hore ba tsoele pele Moreneng ka morero o tsoang pelong;+ 24 etsoe e ne e le monna ea molemo le ea tletseng moea o halalelang le tumelo. ’Me bongata bo boholo ba ekeletsoa Morena.+ 25 Kahoo a tloha a ea Tarsase+ ho ea batlisisa Saule+ 26 ’me, ka mor’a hore a mo fumane, a mo tlisa Antioke. Kahoo ba bokana le bona ka phuthehong selemo sohle ’me ba ruta bongata bo boholo, ’me ke Antioke moo ka lekhetlo la pele barutuoa ba ileng ba bitsoa Bakreste+ ka tataiso ea Molimo.

27 Joale matsatsing ana baprofeta+ ba theoha Jerusalema ho tla Antioke. 28 E mong oa bona ea bitsoang Agabase+ a ema ’me a qala ho bontša ka moea hore tlala e khōlō e ne e le mothating oa ho tlela lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona;+ eo, kamoo ho bileng kateng, e ileng ea fela ea e-ba teng nakong ea Claudiase. 29 Kahoo barutuoa ba etsa qeto, e mong le e mong oa bona ho ea kamoo leha e le mang a neng a ka ho khona,+ ho romela tšebeletso ea lithuso+ ho barab’abo rōna ba lulang Judea; 30 eaba ba etsa sena, ba e romela ho banna ba baholo ka matsoho a Barnabase le Saule.+

12 Hoo e ka bang ka nako eo Morena Heroda a sebelisa matsoho a hae ho sotla+ ba bang ba phutheho. 2 A bolaea Jakobo mor’abo Johanne+ ka sabole.+ 3 Kaha o ile a bona hore ho ne ho khahlisa Bajuda,+ a tsoela pele ho tšoara le Petrose. (Ao e ne e le matsatsi a mahobe a sa lomosoang.)+ 4 Ha a mo tšoara, a mo kenya chankaneng,+ a nehelana ka eena ho lihlopha tse ’nè tse fapanyetsanang se seng le se seng e le sa masole a mane hore li mo lebele, kaha o ne a rerile ho mo hlahisa bakeng sa batho ka mor’a paseka.+ 5 Ka lebaka leo Petrose o ne a ntse a bolokiloe chankaneng; empa phutheho e ne e ntse e mo rapella ka matla+ ho Molimo.

6 Joale ha Heroda a le haufi le ho mo hlahisa, bosiung boo Petrose o ne a robetse a tlamiloe ka liketane tse peli pakeng tsa masole a mabeli, ’me balebeli ka pel’a monyako ba ne ba lebetse chankana. 7 Empa, bonang! lengeloi la Jehova la ema+ haufi, ’me leseli la khanya ka seleng ea chankana. Ha le otla Petrose lehlakoreng, la mo tsosa,+ la re: “Tsoha kapele!” Liketane tsa hae tsa oa+ matsohong a hae. 8 Lengeloi+ la re ho eena: “Itlame ’me u fase meqathatso ea hao.” A etsa joalo. Qetellong la re ho eena: “Apara seaparo sa hao sa ka ntle+ ’me u ’ne u ntatele.” 9 A tsoa ’me a ’na a le latela, empa o ne a sa tsebe hore se neng se etsahala ka lengeloi e ne e le ntho ea sebele. Ha e le hantle, o ile a nahana hore o ne a bona pono.+ 10 Ha ba feta lesole la pele la molebeli le la bobeli ba fihla hekeng ea tšepe e lebang motseng, ’me ea ipula.+ Ka mor’a hore ba tsoe ba theosa ka seterata se seng, eaba kapele-pele lengeloi le tloha ho eena. 11 Ha Petrose a hlaphoheloa, a re: “Joale kea tseba hore Jehova o ile a romela+ lengeloi la hae ’me a ntopolla+ letsohong la Heroda le ho sohle seo batho ba Bajuda ba neng ba se lebeletse.”

12 Ka mor’a hore a ho nahane, a ea ntlong ea Maria ’mè oa Johanne ea neng a boetse a rehiloe Mareka,+ moo ba bangata ba neng ba bokane ’me ba rapela. 13 Ha a kokota monyako oa tsela ea heke, lekhabunyane le bitsoang Roda la tla ho arabela pitso eo, 14 ’me, ha le hlokomela lentsoe la Petrose, ka lebaka la thabo la se ke la bula heke, empa la mathela ka tlung eaba le tlaleha hore Petrose o ne a eme ka pel’a tsela ea heke. 15 Ba re ho lona: “Ua hlanya.” Empa a ’na a tsoela pele ho tiisa ka matla hore ho ne ho le joalo. Ba qala ho re: “Ke lengeloi la hae.”+ 16 Empa Petrose a lula moo a ntse a kokota. Ha ba bula, ba mo bona ’me ba makala. 17 Empa a ba etsetsa pontšo+ ka letsoho hore ba khutse ’me a ba bolella ka ho qaqileng kamoo Jehova a ileng a mo ntša chankaneng, eaba o re: “Tlalehelang Jakobo+ le barab’abo rōna lintho tsena.” Eaba oa tsoa ’me o ea sebakeng se seng.

18 Joale, ha e e-ba motšehare,+ ho ne ho e-na le pherekano e khōlō har’a masole mabapi le hore na ka sebele ho ne ho etsahetse’ng ka Petrose. 19 Heroda+ a mo batla ka ho khothala ’me, ha a sa mo fumane, a hlahloba balebeli ’me a ba laela hore ba isoe kotlong;+ eaba o theoha Judea ho ea Cesarea ’me o qeta nako e itseng moo.

20 Joale o ne a le boikutlong ba ho loana khahlanong le batho ba Tyre le Sidone. Kahoo ka tumellano ba tla ho eena ’me, ka mor’a ho susumetsa Blastase, ea neng a ikarabella kamoreng ea ho robala ea morena, ba qala ho kōpa khotso, hobane naha ea bona e ne e fepeloa ka lijo+ tse tsoang ho ea morena. 21 Empa ka letsatsi le behiloeng Heroda a apara liaparo tsa borena eaba o lula setulong sa kahlolo ’me o qala ho ba fa puo ea phatlalatsa. 22 Eaba batho ba bokaneng ba qala ho hooa: “Ke lentsoe la molimo, eseng la motho!”+ 23 Hang-hang lengeloi la Jehova la mo otla,+ hobane ha aa ka a tlotlisa Molimo;+ a jeoa ke libōkō ’me a shoa.

24 Empa lentsoe+ la Jehova la tsoela pele ho hōla le ho hasana.+

25 Ha e le Barnabase+ le Saule, ka mor’a hore ba phethahatse ka botlalo tšebeletso ea lithuso+ Jerusalema, ba khutla ’me ba nka Johanne,+ ea boetseng a rehiloeng Mareka, ba tsamaea le eena.

13 Joale Antioke ho ne ho e-na le baprofeta+ le mesuoe phuthehong ea moo, Barnabase hammoho le Symeone ea neng a bitsoa Nigere, le Lusiase+ oa Cyrene, le Manaene ea neng a rutiloe hammoho le Heroda ’musi oa setereke, le Saule. 2 Ha ba ntse ba sebeletsa+ Jehova phatlalatsa ’me ba itima lijo, moea o halalelang oa re: “Har’a batho bohle mpeheleng Barnabase le Saule+ ka thōko bakeng sa mosebetsi oo ke ba bitselitseng oona.” 3 Joale ba itima lijo ’me ba rapela eaba ba beha matsoho+ holim ’a bona ’me ba ba tlohela hore ba tsamaee.

4 Ka lebaka leo banna bana, ba rometsoeng ke moea o halalelang, ba theohela Seleusia, ’me ba tloha moo ka sekepe ho ea Cyprase. 5 Ha ba fihla Salamise ba qala ho phatlalatsa lentsoe la Molimo ka lisynagogeng tsa Bajuda. Hape ba ne ba e-na le Johanne+ e le mohlanka.

6 Ha ba phollelitse le sehlekehleke sohle ho ea fihla Pafose, ba kopana le monna ea itseng, moloi, moprofeta oa bohata,+ Mojuda eo lebitso la hae e neng e le Bare-Jesu, 7 ’me o ne a e-na le motsamaisi oa profinse Sergiase Pauluse, monna ea kelello. Ha a bitsetsa Barnabase le Saule ho eena, monna enoa a batla ka tieo ho utloa lentsoe la Molimo. 8 Empa Elymase moloi (eo, ha e le hantle, ke tsela eo lebitso la hae le fetoleloang ka eona) a qala ho ba hanyetsa,+ a batla ho furallisa motsamaisi oa profinse tumelo. 9 Saule, eo hape e leng Pauluse, ha a tlala moea o halalelang, a mo talima ka hloko 10 eaba o re: “Uena motho ea tletseng bolotsana ba mofuta o mong le o mong le bobe bo feteletseng ba mofuta o mong le o mong, uena mora oa Diabolose,+ uena sera sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lokileng, na u ke ke ua khaotsa ho khopamisa litsela tse nepahetseng tsa Jehova? 11 Joale, he, bona! letsoho la Jehova le holim ’a hao, ’me u tla foufala, u ke ke ua bona khanya ea letsatsi ka nako e itseng.” Hang-hang moholi o teteaneng le lefifi tsa oela holim ’a hae, ’me a pota-pota a batla banna ba ka mo tataisang ba mo tšoere ka letsoho.+ 12 Joale motsamaisi oa profinse,+ ha a bona se neng se etsahetse, ea e-ba molumeli, kaha o ne a hloletsoe ke thuto ea Jehova.

13 Joale banna bao, hammoho le Pauluse, ba tloha Pafose ka sekepe ’me ba fihla Perga e Pamfilia.+ Empa Johanne+ a tloha ho bona eaba o khutlela+ Jerusalema. 14 Leha ho le joalo, ba tsoela pele ho tloha Perga ’me ba tla Antioke e Pisidia ’me, ha ba kena ka synagogeng+ ka letsatsi la sabatha, ba lula. 15 Ka mor’a ’malo oa phatlalatsa oa Molao+ le oa Baprofeta balaoli ba okamelang+ ba synagoge ba romeletsa ho bona, ba re: “Banna, barab’abo rōna, haeba ho e-na le lentsoe leha e le lefe la khothatso bakeng sa batho, le le bolele.” 16 Kahoo Pauluse a ema, ’me ha a etsa pontšo+ ka letsoho, a re:

“Banna, Baiseraele le lōna ba bang ba tšabang Molimo, utloang.+ 17 Molimo oa sechaba sa Iseraele o ile a khetha baholo-holo ba rōna, ’me a phahamisa batho bana nakong ea ho lula ha bona ka bojaki naheng ea Egepeta ’me a ba ntša ho eona ka letsoho le phahamisitsoeng.+ 18 Ka nako ea lilemo tse ka bang mashome a mane+ a mamella mokhoa oa liketso tsa bona lefeelleng. 19 Ka mor’a ho timetsa lichaba tse supileng naheng ea Kanana, a ba abela naha ea tsona ka lotho:+ 20 seo sohle ka nako ea lilemo tse ka bang makholo a mane le mashome a mahlano.

“Ka mor’a lintho tsena a ba fa baahloli ho fihlela ho moprofeta Samuele.+ 21 Empa ho tloha ka nako eo ho ea pele ba batla morena,+ eaba Molimo o ba fa Saule mora oa Kishe, monna oa moloko oa Benjamine,+ ka lilemo tse mashome a mane. 22 Ka mor’a ho mo tlosa,+ a ba hlahisetsa Davida e le morena,+ eo a ileng a paka mabapi le eena a re, ‘Ke fumane Davida mora oa Jese,+ monna ea ratoang ke pelo ea ka,+ ea tla etsa lintho tsohle tseo ke li lakatsang.’+ 23 Baneng+ ba monna enoa ho ea ka tšepiso ea hae Molimo o tlisitse mopholosi Iseraele,+ Jesu, 24 ka mor’a hore Johanne,+ pele ho ho kena ha Eo,+ a bolelle batho bohle ba Iseraele phatlalatsa ka kolobetso tšoantšetsong ea pako. 25 Empa ha Johanne a ntse a phethahatsa tsela ea hae ea peiso, o ne a re, ‘Le nahana hore ke mang? Ha ke eena. Empa, bonang! e mong oa tla ka mor’a ka eo meqathatso ea maoto a hae ke sa tšoaneleheng ho e tlamolla.’+

26 “Banna, barab’eso, lōna bara ba lesika la Abrahama le bao ba bang har’a lōna ba tšabang Molimo, lentsoe la poloko ena le rometsoe ho rōna.+ 27 Etsoe baahi ba Jerusalema le babusi ba bona ba ne ba sa tsebe Enoa,+ empa, ha ba sebetsa e le baahloli, ba ile ba phethahatsa lintho tse builoeng ke Baprofeta,+ e leng lintho tse balloang holimo ka Sabatha e ’ngoe le e ’ngoe, 28 ’me, le hoja ba sa ka ba fumana lebaka bakeng sa lefu,+ ba batla ho Pilato hore a bolaoe.+ 29 Joale, ha ba phethile lintho tsohle tse ngotsoeng mabapi le eena,+ ba mo theola thupeng+ ’me ba mo beha ka lebitleng la khopotso.+ 30 Empa Molimo a mo tsosa bafung;+ 31 ’me ka matsatsi a mangata a bonahala ho ba neng ba nyolohile le eena Galilea ho ea Jerusalema, bao joale e leng lipaki tsa hae ho batho.+

32 “Kahoo re le bolella litaba tse molemo mabapi le tšepiso e entsoeng ho baholo-holo,+ 33 hore Molimo o e phethahalitse ka ho feletseng ho rōna bana ba bona ka hore o ile a tsosa Jesu;+ esita le joalokaha ho ngoliloe pesalemeng ea bobeli, ‘U mora oa ka, ke u tsoetse letsatsing lena.’+ 34 ’Nete eo ea hore o ile a mo tsosa bafung a reretsoe hore a se ke a hlola a khutlela ho boleng, o e boletse ka tsela ena, ‘Ke tla le fa lipontšo tse tšepahalang tsa mosa o lerato ho Davida.’+ 35 Kahoo o boetse o re pesalemeng e ’ngoe, ‘U ke ke ua lumella ea tšepahalang oa hao hore a bone ho bola.’+ 36 Etsoe ka lehlakoreng le leng, Davida+ o ile a sebeletsa thato e boletsoeng ka ho hlakileng ea Molimo molokong oa hae ’me a robala lefung eaba o behoa le baholo-holo ba hae ’me a fela a bona ho bola.+ 37 Ka lehlakoreng le leng, eo Molimo a ileng a mo tsosa ha aa ka a bona ho bola.+

38 “Ka hona le ke le tsebe, barab’eso, hore ka Enoa tšoarelo ea libe e ntse e phatlalatsoa ho lōna;+ 39 le hore linthong tsohle tseo ho tsona ho neng ho ke ke ha boleloa hore ha le na molato ka molao oa Moshe,+ e mong le e mong ea lumelang ho boleloa hore ha a na molato ka Enoa.+ 40 Ka hona iponeleng hore se boletsoeng Baprofeteng ha se le tlele, 41 ‘Ho lemoheng, lōna banyefoli, ’me le ho makalle, ’me le nyamele, hobane ke sebetsa mosebetsi matsatsing a lōna, mosebetsi oo ho hang le ke keng la o lumela esita le haeba leha e le mang a le phetela oona ka ho qaqileng.’”+

42 Joale ha ba tsoela ntle, batho ba qala ho kōpa ka tieo hore ba bolelloe litaba tsena ka sabatha e latelang.+ 43 Kahoo ka mor’a hore seboka sa synagoge se qhalane, ba bangata ba Bajuda le ba basokolohi ba neng ba rapela Molimo ba latela Pauluse le Barnabase,+ bao ha ba bua le bona ba ileng ba qala ho ba phehella+ hore ba tsoele pele moseng o sa tšoanelang oa Molimo.+

44 Ka sabatha e hlahlamang hoo e batlang e le motse oohle oa bokana ho tla utloa lentsoe la Jehova.+ 45 Ha Bajuda ba bona bongata boo, ba tlala poulelo+ ’me ba qala ho hanyetsa ka ho nyefola lintho tse neng li ntse li boleloa ke Pauluse.+ 46 Kahoo, ha ba bua ka sebete, Pauluse le Barnabase ba re: “Ho ne ho hlokahala hore lentsoe la Molimo le bolelloe lōna pele.+ Kaha le le qhelela thōko+ le lōna ’me ha le ikahlole le tšoaneloa ke bophelo bo sa feleng, bonang! re retelehela lichabeng.+ 47 Ha e le hantle, Jehova o re laetse ka mantsoe ana, ‘Ke u behile hore u be leseli la lichaba,+ hore u be poloko ho isa pheletsong ea lefatše.’”+

48 Ha bao ba lichaba ba utloa sena, ba qala ho thaba le ho tlotlisa lentsoe la Jehova,+ ’me bohle ba neng ba e-na le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng ea e-ba balumeli.+ 49 Ho feta moo, lentsoe la Jehova la tsoela pele ho isoa hohle ho pholletsa le naha.+ 50 Empa Bajuda+ ba hlohlelletsa basali ba nang le botumo bo botle ba neng ba rapela Molimo le banna ba ka sehloohong ba motse, ’me ba tsosa mahloriso+ khahlanong le Pauluse le Barnabase eaba ba ba ntšetsa ka ntle ho meeli ea bona. 51 Ba hlohlora lerōle maotong a bona khahlanong le bona+ eaba ba ea Ikoniamo. 52 Barutuoa ba tsoela pele ho tlala thabo+ le moea o halalelang.

14 Joale Ikoniamo+ ba kena hammoho ka synagogeng+ ea Bajuda ’me ba bua ka mokhoa oo ka oona letšoele le leholo la Bajuda hammoho le Bagerike+ le ileng la fetoha balumeli. 2 Empa Bajuda ba neng ba sa lumele ba hlohlelletsa+ le ho susumetsa ka mokhoa o fosahetseng meea ea batho ba lichaba khahlanong le barab’abo rōna.+ 3 Ka hona ba qeta nako e telele ba bua ka sebete ka matla a tsoang ho Jehova, ea ileng a paka lentsoe la mosa oa hae o sa tšoanelang ka ho nehelana ka lipontšo le limakatso hore li etsahale ka matsoho a bona.+ 4 Leha ho le joalo, letšoele la motse la arohana, ’me ba bang ba ne ba ema le Bajuda empa ba bang ba ema le baapostola. 5 Joale ha batho ba lichaba hammoho le Bajuda le babusi ba bona, ba lekile ka mabifi ho ba nyelisa le ho ba betsa ka majoe,+ 6 bona, ha ba tsebisoa ka hona, ba balehela+ metseng ea Lykaonia, Lystra le Derbe le naheng e potolohileng moo; 7 ba tsoela pele ho bolela litaba tse molemo moo.+

8 Joale Lystra ho ne ho lutse monna ea itseng ea holofetseng maotong, a holofetse ho tloha pōpelong ea ’m ’ae,+ ’me le ka mohla o ne a e-s’o ka a tsamaea ho hang. 9 Monna enoa o ne a mametse Pauluse ha a bua, eo, ha a mo talima ka hloko ’me a bona hore o ne a e-na le tumelo+ ea hore a ka folisoa, 10 a ileng a re ka lentsoe le phahameng: “Ema ka maoto u otlolohile.” A tlōlela holimo ’me a qala ho tsamaea.+ 11 Ha bongata bo bona seo Pauluse a se entseng, ba phahamisa mantsoe, ba re ka leleme la Selykaonia: “Melimo+ e bile joaloka batho ’me e theohetse ho rōna!” 12 Ba qala ho bitsa Barnabase Zeuse, empa Pauluse ba mo bitsa Hermese, kaha e ne e le eena ea eteletseng pele ho bueng. 13 Moprista oa Zeuse, eo tempele ea hae e neng e le ka pel’a motse, a tlisa lipoho le meqhaka lihekeng ’me o ne a rata ho nyehela mahlabelo+ hammoho le bongata boo.

14 Leha ho le joalo, ha baapostola Barnabase le Pauluse ba utloa ka hona, ba hahola liaparo tsa bona tsa ka ntle ’me ba tlōlela bongateng, ba hoeletsa 15 ba re: “Banna, ke hobane’ng ha le etsa lintho tsee? Le rōna re batho+ ba nang le mefokolo+ e tšoanang le eo le nang le eona, ’me re le bolella litaba tse molemo, hore le furalle lintho tsena tsa lefeela+ le tle ho Molimo+ ea phelang, ea entseng leholimo+ le lefatše le leoatle le lintho tsohle tse ho tsona. 16 Melokong e fetileng o ile a lumella lichaba tsohle ho tsoela pele litseleng tsa tsona,+ 17 le hoja, ka sebele, a sa ka a itlohela ntle ho bopaki ka hore o ile a etsa se molemo,+ a le fa lipula+ tse tsoang leholimong le linako tse behang, a tlatsa lipelo tsa lōna ka ho phethahetseng ka lijo le ho hlasimoloha ho molemo.”+ 18 Leha ho le joalo ka ho bua lintho tsena ba ile ba thiba bongata boo ka thata hore bo se ke ba ba etsetsa sehlabelo.

19 Empa Bajuda ba fihla ba tsoa Antioke le Ikoniamo ’me ba susumetsa bongata boo,+ ’me ba tlepetsa Pauluse ka majoe eaba ba mo hulela ka ntle ho motse, ba nahana hore o shoele.+ 20 Leha ho le joalo, ha barutuoa ba mo lika-liketsa, a tsoha eaba o kena motseng. Letsatsing le hlahlamang a tloha le Barnabase ho ea Derbe.+ 21 Ka mor’a ho bolella motse oo litaba tse molemo le ho etsa barutuoa ba bangata,+ ba khutlela Lystra le Ikoniamo le Antioke, 22 ba matlafatsa meea ea barutuoa,+ ba ba khothaletsa ho lula tumelong ’me ba re: “Re tla kena ’musong oa Molimo ka matšoenyeho a mangata.”+ 23 Ho feta moo, ba beha banna ba baholo+ bakeng sa bona phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe ’me, ha ba etsa thapelo ka ho itima lijo,+ ba ba beha ho Jehova+ eo ba neng ba lumetse ho eena.

24 Ba pholletsa le Pisidia ’me ba kena Pamfilia,+ 25 ’me, ka mor’a ho bolela lentsoe Perga, ba theohela Atalia. 26 Ho tloha moo ba tloha ka sekepe ho ea Antioke,+ moo ba neng ba behiloe tlhokomelong ea mosa o sa tšoanelang oa Molimo bakeng sa mosebetsi oo ba neng ba o entse ka botlalo.+

27 Ha ba fihlile ’me ba bokeletse phutheho, ba qala ho pheta+ lintho tse ngata tseo Molimo a neng a li entse ka bona, le hore o ne a buletse lichaba monyako oa tumelo.+ 28 Kahoo ba qeta nako e telele le barutuoa.

15 Banna ba itseng ba theoha Judea+ ’me ba qala ho ruta barab’abo rōna: “Ntle le hore le bolle+ ho ea ka tloaelo ea Moshe,+ le ke ke la pholoha.” 2 Empa ha ho bile le ho hloka kutloano le ho phehisana ho hoholo ha Pauluse le Barnabase le bona, ba lokisetsa hore Pauluse le Barnabase le ba bang ba itseng ba bona ba nyolohele ho baapostola le banna ba baholo Jerusalema+ mabapi le phehisano ena.

3 Ka lebaka leo, ka mor’a hore phutheho e ba felehetse sebaka se itseng,+ banna bana ba tsoela pele ho tsamaea ho pholletsa le Foenisia hammoho le Samaria, ba pheta ka ho qaqileng tšokoloho ea batho ba lichaba,+ ’me ba ne ba tlisetsa barab’abo rōna+ bohle thabo e khōlō. 4 Ha ba fihla Jerusalema ba amoheloa+ ka mosa ke phutheho le baapostola le banna ba baholo, ’me ba pheta lintho tse ngata tseo Molimo a neng a li entse ka bona.+ 5 Empa leha ho le joalo, ba bang ba lequloana la Bafarisi ba lumetseng, ba phahama litulong ’me ba re: “Hoa hlokahala ho ba bolotsa+ le ho ba laela hore ba boloke molao oa Moshe.”+

6 Baapostola le banna ba baholo ba bokana ho bona taba ena.+ 7 Joale ha ho bile le ho phehisana+ ho hoholo, Petrose a ema eaba o re ho bona: “Banna, barab’eso, le tseba hantle hore ho tloha matsatsing a pele Molimo o ile a khetha har’a lōna hore ka molomo oa ka batho ba lichaba ba utloe lentsoe la litaba tse molemo ’me ba lumele;+ 8 ’me Molimo, ea tsebang pelo,+ o ile a paka ka ho ba fa moea o halalelang,+ feela joalokaha le rōna a ile a re fa oona. 9 Ha aa ka a khetholla ho hang pakeng tsa rōna le bona,+ empa o ile a hloekisa lipelo tsa bona ka tumelo.+ 10 Ka hona, joale, ke hobane’ng ha le leka Molimo ka ho imetsa melala ea barutuoa ka joko+ eo baholo-holo ba rōna kapa rōna re sa kang ra khona ho e jara?+ 11 Ho fapana le hoo, re tšepa ho pholoha ka mosa o sa tšoanelang+ oa Morena Jesu ka tsela e tšoanang le bona batho bao.”+

12 Eaba letšoele lohle lea khutsa, ’me le qala ho mamela Barnabase le Pauluse ha ba pheta lipontšo le limakatso tse ngata tseo Molimo a ileng a li etsa ka bona har’a lichaba.+ 13 Ka mor’a hore ba khaotse ho bua, Jakobo a araba, a re: “Banna, barab’eso, nkutloeng.+ 14 Symeone+ o phetile ka ho phethahetseng kamoo ka lekhetlo la pele Molimo a ileng a lebisa tlhokomelo ea hae lichabeng hore a nke ho tsona batho bakeng sa lebitso+ la hae. 15 Mantsoe a Baprofeta a lumellana le sena, feela joalokaha ho ngoliloe, 16 ‘Ka mor’a lintho tsena ke tla khutla ’me ke tsosolose lephephe la Davida le oeleng; ke tla tsosolosa lithako tsa lona ’me ke le emise hape,+ 17 e le hore batho ba setseng ba ka batla Jehova ka tieo, hammoho le batho ba lichaba tsohle, batho ba bitsoang ka lebitso la ka, ho bolela Jehova, ea etsang lintho tsena,+ 18 tse tsejoang ho tloha khale.’+ 19 Kahoo qeto ea ka ke ho se khathatse ba tsoang lichabeng ba retelehelang ho Molimo,+ 20 empa ho ba ngolla hore ba ile lintho tse silafalitsoeng ke litšoantšo tse rapeloang+ le bohlola+ le se fenethiloeng+ le mali.+ 21 Etsoe ho tloha linakong tsa boholo-holo Moshe o bile le ba mo bolelang motseng o mong ka mor’a o mong, hobane o balloa holimo ka lisynagogeng ka sabatha e ’ngoe le e ’ngoe.”+

22 Joale baapostola le banna ba baholo hammoho le phutheho eohle ba bona ho le molemo ho romela banna ba khethiloeng har’a bona Antioke hammoho le Pauluse le Barnabase, e leng, Judase ea neng a bitsoa Barsabase+ le Silase, banna ba eteletseng pele har’a barab’abo rōna; 23 eaba ka letsoho la bona baa ngola:

“Baapostola le banna ba baholo, barab’abo rōna, ho barab’abo rōna Antioke+ le Syria le Silisia+ ba tsoang lichabeng: Lumelang! 24 Kaha re utloile hore ba bang ba tsoang har’a rōna ba le baketse khathatso ka lipuo,+ ba leka ho senya meea ea lōna, le hoja re sa ka ra ba fa litaelo+ leha e le life, 25 re fihletse tumellano+ hammoho ’me re bone ho le molemo ho khetha banna hore re ba romele ho lōna hammoho le baratuoa ba rōna, Barnabase le Pauluse,+ 26 banna ba nehelaneng ka meea ea bona bakeng sa lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste.+ 27 Ka hona re roma Judase le Silase,+ e le hore le bona ba ka tlaleha lintho tse tšoanang ka lentsoe.+ 28 Etsoe moea o halalelang+ le rōna re bone ho le molemo hore re se ke ra le ekeletsa moroalo+ o eketsehileng, haese lintho tsena tse hlokahalang, 29 hore le ’ne le ile lintho tse hlabetsoeng litšoantšo tse rapeloang+ le mali+ le lintho tse fenethiloeng+ le bohlola.+ Haeba le phema lintho+ tsena, le tla atleha. Bophelo bo botle ho lōna!”

30 Ka lebaka leo, ha banna bana ba tloheloa hore ba tsamaee, ba theohela Antioke, ’me ba bokella letšoele eaba ba le neha lengolo leo.+ 31 Ka mor’a ho le bala, la thabela khothatso+ eo. 32 Judase le Silase, kaha e ne e boetse e le baprofeta,+ ba khothatsa barab’abo rōna ka lipuo tse ngata ’me ba ba matlafatsa.+ 33 Kahoo, ha ba hlotse nako e itseng, barab’abo rōna ba ba tlohela hore ba tsamaee ka khotso+ ho ea ho ba neng ba ba romile. 34 —— 35 Leha ho le joalo, Pauluse le Barnabase hammoho le ba bang hape ba bangata, ba tsoela pele ho qeta nako Antioke+ ba ruta le ho bolela litaba tse molemo tsa lentsoe la Jehova.+

36 Joale ka mor’a matsatsi a itseng Pauluse a re ho Barnabase: “Ka holim ’a lintho tsohle, a re khutle ’me re etele barab’abo rōna ho o mong le o mong oa metse eo re ileng ra phatlalatsa lentsoe la Jehova ho eona ho bona hore na ba ea joang.”+ 37 Barnabase o ne a ikemiselitse ho nka le Johanne, ea neng a bitsoa Mareka, hore ba tsamaee le eena.+ 38 Empa Pauluse o ne a sa nahane hore ho loketse ho nka enoa hore ba tsamaee le eena, kaha o ne a tlohile ho bona Pamfilia+ ’me a sa ea le bona mosebetsing. 39 Eaba ho ba le ho phatloha ho hoholo ka bohale, hoo ba ileng ba arohana; eaba Barnabase+ o nka Mareka o tsamaea le eena ’me ba tloha ka sekepe ho ea Cyprase.+40 Pauluse a khetha Silase+ eaba oa tloha ka mor’a hore barab’abo rōna ba mo behe tlhokomelong ea mosa o sa tšoanelang oa Jehova.+ 41 Empa a pholletsa le Syria le Silisia, a matlafatsa liphutheho.+

16 Kahoo a fihla Derbe le Lystra.+ Bonang! Ho ne ho e-na le morutuoa ea itseng moo lebitso la hae e le Timothea,+ mora oa mosali oa Mojuda ea lumelang empa ntat’ae e le Mogerike, 2 ’me o ne a buuoa hantle ke barab’abo rōna Lystra le Ikoniamo. 3 Pauluse o ne a batla hore monna enoa a tsamaee le eena, eaba oa mo nka ’me oa mo bolotsa+ ka lebaka la Bajuda ba neng ba le libakeng tseo, kaha kaofela ba ne ba tseba hore ntat’ae ke Mogerike. 4 Joale ha ba ntse ba tsamaea ho pholletsa le metse, melao-taelo e neng e etselitsoe qeto ke baapostola le banna ba baholo ba neng ba le Jerusalema+ ba ne ba nehelana ka eona ho ba leng moo hore ba e boloke. 5 Ka hona, ka sebele, liphutheho tsa tsoela pele ho tiisoa tumelong+ le ho eketseha ka palo letsatsi le letsatsi.

6 Ho feta moo, ba pholletsa le Frigia le naha ea Galatia,+ hobane ba ne ba hanetsoe ke moea o halalelang ho bolela lentsoe seterekeng sa Asia. 7 Ho ekelletsa moo, ha ba fihla tlaase Mysia ba etsa boiteko ba ho kena Bithynia,+ empa moea oa Jesu oa se ke oa ba lumella. 8 Kahoo ba feta Mysia ’me ba theohela Troase.+ 9 Bosiu pono ea bonahala+ ho Pauluse: monna ea itseng oa Macedonia o ne a eme ’me a mo kōpa ka tieo a re: “Tšelela Macedonia ’me u re thuse.” 10 Joale hang ha a bone pono eo, ra batla ho kena Macedonia,+ ka ho fihlela qeto ea hore Molimo o ne a re bitselitse ho ba bolella litaba tse molemo.

11 Ka hona ra tloha ka sekepe Troase ’me ra tla ka tsela e otlolohileng Samothrase, empa letsatsing le latelang ra tla Neapolise, 12 ’me ho tloha moo ra tla Filipi,+ kolone, eo e leng motse o ka sehloohong oa setereke sa Macedonia.+ Ra hlola motseng ona, ra qeta matsatsi a itseng. 13 Ka letsatsi la sabatha ra tsoela ka ntle ho heke ka thōko ho nōka, moo re neng re nahana hore ho ne ho e-na le sebaka sa thapelo; eaba re lula fatše ’me re qala ho bua le basali ba neng ba bokane. 14 Mosali ea itseng ea bitsoang Lydia, morekisi oa lintho tse pherese, oa motse oa Thyatire+ le morapeli oa Molimo, o ne a mametse, ’me Jehova a bula pelo+ ea hae haholo hore a ele hloko lintho tse ntseng li buuoa ke Pauluse. 15 Joale ha eena le ba ntlo ea hae ba kolobetsoa,+ a re ka kōpo e tiileng: “Haeba le nahana hore kea tšepahala ho Jehova, kenang ka tlung ea ka ’me le lule.”+ A re phehella hore re tle.+

16 Eare ha re ntse re e-ea sebakeng sa thapelo, lekhabunyane le itseng le nang le moea,+ modemona oa bonohe,+ la re khahlanyetsa. Le ne le ruisa+ beng ba lona haholo ka ho sebelisa tsebo ea ho bolela liketsahalo esale pele. 17 Ngoanana enoa a ’na a latela Pauluse le rōna le ho hoeletsa+ ka mantsoe ana: “Banna bana ke makhoba a Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa, a phatlalatsang tsela ea poloko ho lōna.” 18 Hona a ’na a ho etsa ka matsatsi a mangata. Qetellong Pauluse a khathala ke hoo+ eaba oa reteleha ’me o re ho moea oo: “Ke u laela ka lebitso la Jesu Kreste hore u tsoe ho eena.”+ Oa tsoa ka eona hora eo.+

19 Joale, ha beng ba hae ba bona hore ha ba sa na tšepo ea ho rua,+ ba tšoara Pauluse le Silase ’me ba ba hulanyetsa ’marakeng ho babusi,+ 20 ’me, ha ba ba isa ho bo-mastrata ba sechaba, ba re: “Batho bana ba ferekanya+ motse oa rōna haholo, kaha ke Bajuda,21 ’me ba phatlalatsa litloaelo+ tseo ho sa lumelloeng ke molao hore re li amohele kapa re li sebelise, kaha re Baroma.” 22 Bongata ba ba tsohela matla hammoho; ’me bo-mastrata ba sechaba, ka mor’a ho ba tabolela liaparo tsa ka ntle, ba laela hore ba otloe ka melamu.+ 23 Ka mor’a hore ba ba otle ka likotlo tse ngata,+ ba ba lahlela chankaneng, ba laela molebeli oa teronko hore a ba boloke ka ho sireletsehileng.+ 24 Kahobane o ile a fumana taelo e joalo, a ba lahlela chankaneng+ e ka hare eaba o tiisa maoto a bona metšoasong.+

25 Empa hoo e ka bang har’a bosiu+ Pauluse le Silase ba ne ba rapela ’me ba rorisa Molimo ka pina;+ e, batšoaruoa ba ne ba ba utloa. 26 Ka tšohanyetso tšisinyeho e khōlō ea lefatše ea e-ba teng, hoo metheo ea teronko e ileng ea sisinyeha. Ho feta moo, hang-hang menyako eohle ea buleha, ’me litlamo tsa bohle tsa lokoloha.+ 27 Molebeli oa teronko, ha a tsoha borokong ’me a bona menyako ea chankana e bulehile, a tsomula sabole ea hae ’me o ne a le haufi le ho ipolaea,+ a nahana hore batšoaruoa ba ne ba phonyohile.+ 28 Empa Pauluse a hoeletsa ka lentsoe le phahameng, a re: “U se ke ua intša kotsi,+ etsoe kaofela re teng mona!” 29 Kahoo a kōpa mabone eaba o tlōlela ka hare ’me, a ntse a thothomela, a itihela fatše+ ka pel’a Pauluse le Silase. 30 A ba tlisa ka ntle ’me a re: “Bahlomphehi, ke etse’ng+ hore ke pholohe?” 31 Ba re: “Lumela ho Morena Jesu ’me u tla pholoha,+ uena le ba ntlo ea hao.”+ 32 Ba mo bolella lentsoe la Jehova hammoho le bohle ba ka tlung ea hae.+ 33 A ba nka ka hora eo ea bosiu eaba o ba hlatsoa metopa; ’me, kaofela, eena le ba ntlo ea hae ba kolobetsoa+ ntle ho tieho. 34 A ba kenya ka tlung ea hae ’me a beha tafole ka pel’a bona, ’me a thaba haholo le bohle ba ntlo ea hae kaha joale o ne a lumetse Molimo.

35 Ha e e-ba motšehare, bo-mastrata ba sechaba+ ba roma makosetabole hore a re: “Lokollang batho bao.” 36 Kahoo molebeli oa teronko a tlalehela Pauluse mantsoe a bona: “Bo-mastrata ba sechaba ba romile banna e le hore lōna ba babeli le ka lokolloa. Ka hona, joale, tsoang ’me le tsamaee ka khotso.” 37 Empa Pauluse a re ho bona: “Ba re shapile phatlalatsa re sa ahloloa, banna bao e leng Baroma,+ ’me ba re lahlela chankaneng; ’me na joale ba re ntša ka sephiri? Che, ka sebele! empa ba ke ba itlise ’me ba re ntše.” 38 Kahoo makosetabole a tlalehela bo-mastrata ba sechaba lipolelo tsena. Ba tšoha ha ba utloa hore banna bao ke Baroma.+ 39 Ka lebaka leo ba tla ’me ba ba kōpa ’me, ka mor’a ho ba ntša, ba ba kōpa hore ba tlohe motseng oo. 40 Empa ba tsoa chankaneng eaba ba ea lapeng la Lydia, ’me ha ba bona barab’abo rōna ba ba khothatsa+ eaba baa tloha.

17 Joale ba pholletsa le Amfipolise le Apolonia ’me ba tla Thesalonika,+ moo ho neng ho e-na le synagoge ea Bajuda. 2 Kahoo ho ea ka tloaelo+ ea Pauluse a kena ka hare ho ea ho bona, ’me ka lisabatha tse tharo a behelana mabaka le bona ka Mangolo,+ 3 a hlalosa le ho paka ka litšupiso hore ho ne ho hlokahala hore Kreste a utloe bohloko+ le hore a tsohe bafung,+ ’me a re: “Enoa ke eena Kreste,+ Jesu enoa eo ke mo phatlalatsang ho lōna.” 4 Ka lebaka leo ba bang ba bona ea e-ba balumeli+ ’me ba ikopanya le Pauluse le Silase,+ ’me letšoele le leholo la Bagerike ba neng ba rapela Molimo le basali ba bangata ba ka sehloohong ba etsa joalo.

5 Empa Bajuda, ka ho ba le poulelo,+ ba inkela banna ba itseng ba khopo ho ba sollang ’marakeng ’me ba etsa mokhopi eaba ba qala ho baka moferefere+ motseng. Ba hlasela ntlo ea Jasone+ ’me ba qala ho batla hore ba tlisoe ho mahoo-hoo ao. 6 Ha ba sa ba fumane ba hulela Jasone le barab’abo rōna ba itseng ho babusi ba motse, ba hoeletsa: “Banna bana ba ferekantseng+ lefatše leo ho ahiloeng ho lona ba teng le mona, 7 ’me Jasone o ba amohetse ka kamohelo e mofuthu ea baeti. Banna bana bohle ba etsa ho hanyetsanang le melao-taelo+ ea Cesare, ba re ho na le morena e mong,+ Jesu.” 8 Ka sebele ba ferekantse bongata le babusi ba motse ha ba utloa lintho tsena; 9 ka mor’a ho nka chelete e lekaneng ea tebeletso ho Jasone le ba bang ba ba tlohela hore ba tsamaee.

10 Kapele-pele bosiu+ barab’abo rōna ba romela Pauluse hammoho le Silase Berea, ’me ha ba fihla, ba kena ka synagogeng ea Bajuda. 11 Joale Baberea ba ne ba e-na le likelello tse bulehileng ho feta ba Thesalonika, kaha ba ile ba amohela lentsoe ka tabatabelo e khōlō ea kelello, ba hlahloba+ Mangolo+ ka hloko letsatsi le leng le le leng mabapi le hore na lintho tsena li joalo kapa che.+ 12 Ka hona ba bangata ba bona ea e-ba balumeli, ’me ha e-ba joalo le ka basali ba bangata ba Bagerike le banna ba nang le botumo bo botle.+ 13 Empa ha Bajuda ba tsoang Thesalonika ba utloa hore lentsoe la Molimo le ne le phatlalatsoa Berea ke Pauluse, ba tla le hona teng ho tla susumetsa+ le ho ferekanya+ matšoele. 14 Joale kapele-pele barab’abo rōna ba romela Pauluse hore a tsamaee ho ea fihla leoatleng;+ empa Silase hammoho le Timothea ba sala moo. 15 Leha ho le joalo, ba tsamaisang Pauluse ba mo fihlisa Athene ’me, ka mor’a ho amohela taelo ea hore Silase le Timothea+ ba tle ho eena kapele kamoo ho ka khonehang, ba tloha.

16 Joale ha Pauluse a ntse a ba letetse Athene, moea oa hae ka hare ho eena oa halefa+ ha a bona hore motse oo o ne o tletse litšoantšo tse rapeloang. 17 Ka lebaka leo a qala ho behelana mabaka ka synagogeng le Bajuda+ le batho ba bang ba neng ba rapela Molimo le ba neng ba e-ba teng ’marakeng+ letsatsi le leng le le leng. 18 Empa ba bang ba bo-rafilosofi+ ba Baepikure hammoho le ba Bastoike ba qala ho tsekisana le eena, ’me ba bang ba ne ba re: “Ke’ng seo mobeberi eo a lakatsang ho se bolela?”+ Ba bang ba ne ba re: “O bonahala e le mophatlalatsi oa melimo esele.” Ke kahobane o ne a bolela litaba tse molemo tsa Jesu le tsoho.+ 19 Kahoo ba mo tšoara eaba ba mo isa Areopago, ba re: “Na re ka tseba hore na thuto+ ee e ncha eo u e bolelang ke efe? 20 Etsoe u hlahisa lintho tse ling tse sa tloaelehang litsebeng tsa rōna. Ka hona re lakatsa ho tseba hore na lintho tsena li bolela’ng.”+21 Ha e le hantle, Baathene bohle le basele ba etetseng moo ka nakoana ba ne ba sa sebelisetse nako ea bona ea phomolo letho haese ho bolela ho hong kapa ho mamela ho hong ho hocha. 22 Joale Pauluse a ema ka har’a Areopago+ ’me a re:

“Banna ba Athene, kea bona hore linthong tsohle le bonahala le ineheletse tšabo ea melimo+ ho feta kamoo ba bang ba ineheletseng eona kateng. 23 Ka mohlala, ha ke feta ’me ke shebisisa ka hloko lintho tsa lōna tse hlomphuoang ka borapeli ke ile ka boela ka fumana aletare eo ho eona ho neng ho ngotsoe ‘Ho Molimo ea sa Tsejoeng.’ Ka hona seo ka ho se tsebe le se fang boinehelo ba bomolimo, sena kea se phatlalatsa ho lōna. 24 Molimo ea entseng lefatše le lintho tsohle tse ho lona, e leng Morena oa leholimo le lefatše,+ ha a lule litempeleng tse entsoeng ka matsoho,+ 25 leha e le hore o hlokomeloa ke matsoho a batho joalokaha eka o hloka letho,+ hobane o fa batho bohle bophelo+ le phefumoloho+ le lintho tsohle. 26 O entse ho tsoa mothong+ a le mong sechaba+ se seng le se seng sa batho, ho lula holim ’a lefatše+ lohle, ’me o laetse linako tse behiloeng+ le meeli e behiloeng ea ho lula ha batho,+ 27 hore ba batle Molimo,+ haeba ba ka mo phopholetsa ’me ka sebele ba mo fumana,+ le hoja, ha e le hantle, a se hōle le e mong le e mong oa rōna. 28 Etsoe ka eena re na le bophelo ’me rea sisinyeha ’me re teng,+ esita le joalokaha ba bang ba liroki+ har’a lōna ba itse, ‘Etsoe le rōna re bana ba hae.’

29 “Ka hona, kaha re bana ba Molimo,+ ha rea tšoanela ho nahana hore Boleng ba Molimo+ bo joaloka khauta kapa silevera kapa lejoe, joaloka ntho e betliloeng ka tsebo le maqheka a motho.+ 30 Ke ’nete, Molimo o hlokomolohile linako tsa ho hloka tsebo ho joalo,+ empa joale o bolella moloko oa batho hore hohle ba lokela ho baka kaofela.+ 31 Hobane o behile letsatsi leo ka lona a rerang ho ahlola+ ka ho loka lefatše leo ho ahiloeng ho lona ka monna eo a mo behileng, ’me o fane ka tiiso ho batho bohle ka hore o mo tsositse+ bafung.”

32 Joale, ha ba utloa ka tsoho ea bafu, ba bang ba qala ho soma,+ ha ba bang ba re: “Re tla u utloa ka sena le ka nako e ’ngoe.” 33 Kahoo Pauluse a tsoa har’a bona, 34 empa banna ba bang ba ikopanya le eena ’me ea e-ba balumeli, bao har’a bona hape ho neng ho e-na le Dionysiase, moahloli oa lekhotla la Areopago,+ le mosali ea bitsoang Damarise, le ba bang ntle ho bona.

18 Ka mor’a lintho tsena a tloha Athene ’me a fihla Korinthe. 2 A fumana Mojuda ea itseng ea bitsoang Akuila,+ letsoalloa la Pontase le neng le sa tsoa fihla le tsoa Italy,+ le mosali oa hae Prisilla, ka lebaka la hore Claudiase+ o ne a laetse Bajuda bohle hore ba tlohe Roma. Kahoo a ea ho bona 3 ’me ka lebaka la hore ba ne ba etsa mosebetsi o tšoanang a lula lapeng ha bona, ’me ba sebetsa,+ kaha e ne e le baetsi ba litente ka mosebetsi. 4 Leha ho le joalo, o ne a fana ka puo ka synagogeng+ ka sabatha e ’ngoe le e ’ngoe ’me o ne a susumetsa Bajuda le Bagerike.

5 Joale, ha Silase+ hammoho le Timothea+ ba theoha Macedonia, Pauluse a qala ho tšoareha ka matla haholo ka lentsoe, a pakela Bajuda ho tiisa hore Jesu ke Kreste.+ 6 Empa ka mor’a hore ba ’ne ba tsoele pele ho hanyetsa le ho nyefola,+ a hlohlora liaparo+ tsa hae eaba o re ho bona: “Mali+ a lōna a ke a be holim ’a lihlooho tsa lōna. Ke hloekile.+ Ho tloha joale ho ea pele ke tla ea ho batho ba lichaba.”+ 7 Ka lebaka leo a tloha moo ’me a kena ka tlung ea monna ea bitsoang Titiase Justase, morapeli oa Molimo, eo ntlo ea hae e neng e kopane le synagoge. 8 Empa Krispase+ molaoli ea okamelang oa synagoge ea e-ba molumeli ho Morena, ’me ha e-ba joalo le ka bohle ba ntlo ea hae. Bakorinthe ba bangata ba ileng ba utloa ba qala ho lumela le ho kolobetsoa. 9 Ho feta moo, bosiu Morena a re ho Pauluse+ ka pono: “U se ke ua tšaba, empa u ’ne u bue ’me u se ke ua khutsa, 10 hobane ke na le uena+ ’me ha ho motho ea tla u hlasela ho u ntša kotsi; etsoe ke na le batho ba bangata motseng ona.” 11 Kahoo a hlola moo selemo le likhoeli tse tšeletseng, a ruta lentsoe la Molimo har’a bona.

12 Joale ha Galio e ntse e le motsamaisi oa profinse+ oa Akaia, Bajuda ba ema ka tumellano khahlanong le Pauluse ’me ba mo isa setulong sa kahlolo,+ 13 ba re: “Khahlanong le molao motho enoa o susumelletsa+ batho tumelong e ’ngoe ho rapeleng Molimo.” 14 Empa eare ha Pauluse a le mothating oa ho ahlamisa molomo, Galio a re ho Bajuda: “Ka sebele, haeba e ne e le phoso e itseng kapa ketso e khopo ea bobe bo feteletseng, Lōna Bajuda, ke ne ke tla le mamella ka ho se fele pelo ke e-na le lebaka. 15 Empa haeba e le litseko mabapi le puo le mabitso+ le molao+ har’a lōna, le tla iponela. Ha ke lakatse ho ba moahloli oa lintho tsena.” 16 Eaba o ba leleka setulong sa kahlolo. 17 Kahoo kaofela ba tšoara Sosthene+ molaoli ea okamelang oa synagoge eaba ba qala ho mo otla ka pel’a setulo sa kahlolo. Empa Galio o ne a sa itšoenye ho hang ka lintho tsena.

18 Leha ho le joalo, ka mor’a hore a lule matsatsi a mangata ka ho eketsehileng, Pauluse a re barab’abo rōna ba sale hantle ’me a qala ho tloha ka sekepe ho ea Syria, ’me Prisilla le Akuila ba e-na le eena, kaha o ne a kutile moriri oa hlooho ea hae+ Senkrea,+ kaha a ne a e-na le boitlamo. 19 Kahoo ba fihla Efese, ’me a ba siea moo; empa a kena ka synagogeng+ ’me a behelana mabaka le Bajuda. 20 Le hoja ba ile ba ’na ba mo kōpa hore a lule nako e teletsana, o ne a sa lumele 21 empa a re ba sale hantle+ eaba oa ba bolella: “Ke tla boela ke khutlela ho lōna, haeba Jehova a rata.”+ Eaba o tloha Efese ka sekepe 22 ’me o theohela Cesarea. A nyoloha ’me a lumelisa phutheho, ’me a theohela Antioke.

23 Ha a hlotse nako e itseng moo a tloha ’me a tsamaea ho tsoa sebakeng se seng ho ea ho se seng ho pholletsa le naha ea Galatia+ le Frigia,+ a matlafatsa+ barutuoa bohle.

24 Joale Mojuda ea itseng ea bitsoang Apolose,+ letsoalloa la Alexandria, monna ea kheleke puong, a fihla Efese; o ne a rutehile haholo Mangolong.+ 25 Monna enoa o ne a rutiloe ka molomo tsela ea Jehova ’me, kaha o ne a cheseha moeeng,+ a qala ho bua le ho ruta ka mokhoa o nepahetseng lintho tse mabapi le Jesu, empa a tloaelane le kolobetso+ ea Johanne feela. 26 Monna enoa a qala ho bua ka sebete ka synagogeng. Ha Prisilla le Akuila+ ba mo utloa, ba mo nka hore a be ’moho le bona ’me ba mo qaqisetsa tsela ea Molimo ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane. 27 Ho ekelletsa moo, kahobane o ne a lakatsa ho tšelela Akaia, barab’abo rōna ba ngolla barutuoa, ba ba eletsa hore ba mo amohele ka mosa. Kahoo ha a fihla moo, a thusa+ ka tsela e khōlō ba neng ba lumetse ka lebaka la mosa o sa tšoanelang+ [oa Molimo]; 28 kaha ka matla a maholo o ile a paka ka ho phethahetseng phatlalatsa hore Bajuda ba fositse, ha a ntse a bontša ka Mangolo+ hore Jesu ke Kreste.+

19 Nakong ea liketsahalo tsena, ha Apolose+ a ntse a le Korinthe, Pauluse a pholletsa le likarolo tse ka hare ho naha ’me a theohela Efese,+ eaba o fumana barutuoa ba itseng; 2 a re ho bona: “Na le ile la amohela moea o halalelang+ ha le e-ba balumeli?” Ba re ho eena: “Ka sebele, le ka mohla ha re e-s’o utloe hore na ho na le moea o halalelang kapa che.”+ 3 Eaba o re: “Joale, le ile la kolobetsoa ka eng?” Ba re: “Ka kolobetso ea Johanne.”+ 4 Pauluse a re: “Johanne o ile a kolobetsa ka kolobetso tšoantšetsong ea pako,+ a bolella batho hore ba lumele ho ea tlang ka mor’a hae,+ ke hore, ho Jesu.” 5 Ha ba utloa sena, ba kolobetsoa ka lebitso la Morena Jesu.+ 6 Ha Pauluse a beha matsoho+ holim ’a bona, moea o halalelang oa theohela holim ’a bona, ’me ba qala ho bua maleme le ho profeta.+ 7 Kaofela, ho ne ho e-na le banna ba ka bang leshome le metso e ’meli.

8 Ha a kena ka synagogeng,+ a bua ka sebete ka likhoeli tse tharo, a fana ka lipuo ’me a sebelisa tšusumetso malebana le ’muso+ oa Molimo. 9 Empa ha ba bang ba tsoela pele ho ithatafatsa le ho se lumele,+ ba bua hampe ka Tsela Eo+ ka pel’a letšoele, a tloha ho bona+ ’me a arola barutuoa ho bona,+ letsatsi le leng le le leng a fana ka lipuo ka holong ea sekolo ea Tyranase. 10 Sena sa etsahala ka lilemo tse peli,+ hoo bohle ba ahileng seterekeng sa Asia+ ba ileng ba utloa lentsoe la Morena, Bajuda le Bagerike.

11 Molimo a ’na a etsa mesebetsi e matla e fetang e tloaelehileng ka matsoho a Pauluse,+ 12 hoo le masela le liforeskoto li neng li nkoa ’meleng oa hae ho isoa ho batho ba kulang,+ ’me mafu a ba tlohela, le meea e khopo e tsoa.+ 13 Empa ba bang ba Bajuda ba sollang ba neng ba tloaetse ho leleka bademona+ le bona ba leka ho bitsa lebitso la Morena Jesu+ mabapi le ba nang le meea e khopo, ba re: “Ke le laela ka tieo+ ka Jesu eo Pauluse a mo bolelang.” 14 Joale ho ne ho e-na le bara ba supileng ba Skeva ea itseng, moprista ea ka sehloohong oa Mojuda, ba etsang sena. 15 Empa ha moea o khopo o araba oa re ho bona: “Ke tseba Jesu+ ’me ke tloaelane le Pauluse;+ empa lōna le bo-mang?” 16 Eaba motho eo moea o khopo o neng o le ho eena o tlōlela holim ’a bona,+ oa ba fekisa e mong ka mor’a e mong, ’me oa ba hlōla, hoo ba ileng ba baleha ba hlobotse ’me ba tsoile maqeba ho tsoa ntlong eo. 17 Sena sa tsejoa ke bohle, Bajuda le Bagerike ba neng ba lula Efese; ’me tšabo+ ea ba oela kaofela, ’me lebitso la Morena Jesu la tsoela pele ho tlotlisoa.+ 18 Ba bangata ba bao e neng e bile balumeli ba ne ba tla ebe ba bolela+ le ho tlaleha litloaelo tsa bona pepenene. 19 Ka sebele, ba bangata ba neng ba sebelisa tsebo ea boselamose+ ba bokella libuka tsa bona ’me ba li chesa ka pel’a bohle. Ba kopanya theko ea tsona ’me ba fumana li ka rekoa ka likotoana tsa silevera tse likete tse mashome a mahlano. 20 Kahoo ka tsela e matla lentsoe la Jehova la ’na la hōla le ho hlōla.+

21 Joale ha lintho tsena li phethiloe, Pauluse a rera moeeng oa hae hore, ka mor’a ho pholletsa le Macedonia+ le Akaia, o ne a tla ea Jerusalema,+ a re: “Ka mor’a hore ke fihle moo ke lokela le ho bona Roma.”+ 22 Kahoo a roma Macedonia ba babeli ba ba neng ba mo sebeletsa, Timothea+ le Erastase,+ empa a lieha nako e itseng seterekeng sa Asia.

23 Ka nako eo ha tsoha pherekano+ e khōlō malebana le Tsela Eo.+ 24 Etsoe monna ea itseng ea bitsoang Demetriase, setei sa silevera, o ne a ruisa+ litsebi tsa mesebetsi ea matsoho haholo ka ho etsa litempelana tsa silevera tsa Artemise; 25 eaba o bokella bona le ba neng ba sebetsa linthong tse joalo+ o re: “Banna, le tseba hantle hore katleho+ ea rōna e tsoa khoebong ena. 26 Hape, lea bona ’me lea utloa kamoo eseng Efese+ feela empa hoo e batlang e le seterekeng sa Asia kaofela moo Pauluse enoa a susumelitseng bongata bo boholo eaba o ba retelletsa maikutlong a mang, a re melimo e entsoeng ka matsoho+ hase melimo. 27 Ho feta moo, kotsi e teng eseng feela ea hore mosebetsi ona oa rōna o tla nyeliseha empa le ea hore tempele ea molimotsana e moholo Artemise+ e tla nkoa e se letho esita le botle ba hae bo hlollang boo setereke sa Asia sohle le lefatše leo ho ahiloeng ho lona li bo rapelang bo haufi le ho etsoa lefeela.” 28 Ha ba utloa sena ’me ba tlala bohale, banna bao ba qala ho hoeletsa, ba re: “O moholo Artemise oa Baefese!”

29 Kahoo motse oa tlala pherekano, ’me ka tumellano ba potlakela ka lebaleng la liketsahalo, ba nka Gaiase le Aristakase,+ ba Macedonia, ka likhoka ba tsamaea le bona, e leng metsoalle ea Pauluse eo a neng a tsamaea le eona. 30 Pauluse o ne a rata ho kena ka hare ho ea ho batho, empa barutuoa ba ne ba sa mo lumelle. 31 Esita le ba bang ba balaoli ba mekete le lipapali, ba neng ba e-na le botsoalle ho eena, ba romeletsa ho eena ’me ba qala ho mo kōpa ka tieo hore a se ke a ipeha kotsing ka lebaleng la liketsahalo. 32 ’Nete ke hore, ba bang ba ne ba hoeletsa ntho e ’ngoe ’me ba bang e ’ngoe;+ kaha seboka seo se ne se le moferefere, ’me bongata ba bona bo ne bo sa tsebe lebaka leo ka lona bo neng bo phuthehile. 33 Kahoo ba le hammoho ba ntša Alexandere ho bongata, Bajuda ba mo sutumelletsa ka pele; eaba Alexandere o etsa pontšo ka letsoho ’me o ne a batla ho itšireletsa ho batho. 34 Empa ha ba hlokomela hore ke Mojuda, mohoo o le mong oa tsoha ho bona kaofela ha ba ntse ba hooa hoo e ka bang ka lihora tse peli: “O moholo+ Artemise oa Baefese!”

35 Qetellong, ha motlalehi oa motse a khutsisitse+ bongata, a re: “Banna ba Efese, ke mang ka sebele molokong oa batho ea sa tsebeng hore motse oa Baefese ke mohlokomeli oa tempele ea Artemise e moholo le oa setšoantšo se oeleng leholimong? 36 Ka hona kaha lintho tsena li ke ke tsa hanyetsoa, hoa tšoaneleha hore le lule le khutsitse ’me le se ke la etsa ka lepotlapotla.+ 37 Etsoe le tlisitse banna bana bao e seng batlatlapi ba litempele kapa banyefoli ba molimotsana oa rōna. 38 Ka hona haeba Demetriase+ le litsebi tsa mesebetsi ea matsoho tse nang le eena ba fela ba e-na le nyeoe khahlanong le e mong, ho ba le matsatsi a lekhotla+ ’me ho na le batsamaisi ba liprofinse;+ ba ke ba tlise liqoso tseo ba qosanang ka tsona. 39 Leha ho le joalo, haeba le batla ntho leha e le efe e ka nģ’ane ho eo, e tla etsetsoa qeto sebokeng se tloaelehileng. 40 Etsoe ka sebele re kotsing ea ho qosoa ka bofetoheli mabapi le taba ea kajeno, ho se sesosa le se seng se teng se tla re lumella ho fana ka lebaka bakeng sa mokhopi ona o sa laoleheng.” 41 Ha a buile lintho+ tsena, a qhala seboka.+

20 Joale ka mor’a hore moferefere o kokobele, Pauluse a romeletsa hore ho bitsoe barutuoa, ’me ha a ba khothalitse a bile a itse ba sale hantle,+ a qala ho ea Macedonia.+ 2 Ka mor’a hore a pholletse le likarolo tseo ’me a khothatse ba moo ka mantsoe+ a mangata, a kena Greece. 3 Ha a qetile likhoeli tse tharo moo, ka lebaka la hore Bajuda ba ne ba rerile morero o mobe ka lenyele+ khahlanong le eena ha a ne a le haufi le ho qalisa leeto ka sekepe ho ea Syria, a etsa qeto ea ho khutla a pholletsa le Macedonia. 4 Ba neng ba tsamaea le eena e ne e le Sopatere+ mora oa Pirase oa Berea, Aristakase+ le Sekundase oa Bathesalonika, le Gaiase oa Derbe, le Timothea,+ ’me ba tsoang seterekeng sa Asia e le Tykikase+ le Trofimase.+ 5 Bana ba tsoela pele ’me ba ne ba re letetse Troase;+ 6 empa ra tloha ka sekepe ho tsoa Filipi ka mor’a matsatsi a mahobe a sa lomosoang,+ ’me ra tla ho bona Troase+ pele ho fela matsatsi a mahlano; ra qeta matsatsi a supileng moo.

7 Ka letsatsi la pele+ la beke, ha re ne re bokane ho ja lijo, Pauluse a qala ho bua le bona, kaha o ne a tla tloha letsatsing le hlahlamang; a lelefatsa puo ea hae ho fihlela har’a mp’a bosiu. 8 Kahoo ho ne ho e-na le mabone a mangata ka kamoreng e ka holimo+ moo re neng re bokane. 9 A lutse fensetereng, mohlankana ea itseng ea bitsoang Eutikase a tšoaroa ke boroko bo tebileng ha Pauluse a ntse a bua, ’me, ha a hlōloa ke boroko, a oa mokatong oa boraro ’me a nkoa a se a shoele. 10 Empa Pauluse a theohela mokatong o ka tlaase, a ikakhela holim ’a hae+ ’me a mo kopa eaba o re: “Khaotsang ho tlatsa lerata, etsoe moea oa hae o ho eena.”+ 11 Joale a ea mokatong o ka holimo ’me a ngoatha lijo a ja, ’me ka mor’a ho buisana nako e telele, ho fihlela ka meso, qetellong a tloha. 12 Kahoo ba nka moshanyana eo a phela ’me ba tšeliseha ho feta tekanyo.

13 Joale ra leba sekepeng eaba re qalisa leeto ka sekepe ho ea Asose, moo re neng re rerile ho palamisa Pauluse, etsoe, ka mor’a ho fana ka litaelo ka sena, o ne a rerile ho tsamaea ka maoto. 14 Kahoo ha a re fumana Asose, ra mo palamisa ’me ra ea Mitylene; 15 ha re tloha moo ka sekepe letsatsing le hlahlamang, ra fihla mabapa le Kiose, empa letsatsing le hlahlamang ra fapohela Samose, ’me letsatsing le latelang ra fihla Miletase. 16 Etsoe Pauluse o ne a entse qeto ea ho tsamaea ka sekepe ho feta Efese,+ e le hore a se ke a qeta nako leha e le efe seterekeng sa Asia; etsoe o ne a potlaketse ho fihla Jerusalema+ letsatsing la mokete oa Pentekonta haeba a ne a ka khona.

17 Leha ho le joalo, ho tloha Miletase a romeletsa Efese ’me a bitsa banna ba baholo+ ba phutheho. 18 Ha ba fihla ho eena a re ho bona: “Le tseba hantle kamoo ho tloha letsatsing la pele ha ke hata seterekeng sa Asia+ ke neng ke e-na le lōna nako+ eohle, 19 ke sebeletsa Morena joaloka lekhoba+ ka ho ikokobetsa ho hoholo kelellong+ le meokho le liteko tse ileng tsa ntlhahela ka merero e mebe+ ea Bajuda; 20 ha ka nako e tšoanang ke ne ke sa tlohele ho le bolella leha e le efe ea lintho tse neng li le molemo kapa ho le ruta+ phatlalatsa le ka ntlo+ le ntlo. 21 Empa ke ile ka paka+ ka mokhoa o phethahetseng ho Bajuda le Bagerike mabapi le pako+ ho Molimo le tumelo ho Morena oa rōna Jesu. 22 Joale, bonang! ke tlamiloe ke moea,+ ke ea Jerusalema, le hoja ke sa tsebe lintho tse tla nketsahalla teng, 23 haese hore ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong moea o halalelang+ o mpakela ka ho pheta-pheta kaha o re ke letetsoe ke litlamo le matšoenyeho.+ 24 Leha ho le joalo, ha ke etse hore moea oa ka e be oa bohlokoa leha e le bofe joalokaha eka ke o ratehang ho ’na,+ haeba feela nka qeta tsela+ ea ka ea peiso le bosebeletsi+ boo ke bo amohetseng+ ba Morena Jesu, ho pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo tsa mosa o sa tšoanelang oa Molimo.+

25 “Joale, bonang! kea tseba hore kaofela ha lōna bao ke ileng ka qala ho bolela ’muso har’a bona ha le sa tla hlola le bona sefahleho sa ka. 26 Kahoo ke le bitsetsa hore le pake letsatsing lona lena hore ke hloekile maling+ a batho bohle, 27 kaha ha kea tlohela ho le bolella morero+ oohle oa Molimo. 28 Ikeleng+ hloko+ ’me le ele hloko le mohlape+ oohle, oo moea o halalelang o le behileng balebeli+ har’a oona, hore le lise phutheho ea Molimo,+ eo a e rekileng ka mali+ a Mora oa hae. 29 Kea tseba hore ka mor’a hore ke tlohe liphiri+ tse hatellang li tla kena har’a lōna ’me li ke ke tsa tšoara mohlape ka mosa, 30 ’me har’a lōna ho tla hlaha batho ’me ba bue lintho tse sothehileng+ hore ba ikhulele barutuoa ka mor’a bona.+

31 “Ka hona lulang le falimehile, ’me le hopole hore ka lilemo tse tharo,+ bosiu le motšehare, ha kea ka ka khaotsa ho eletsa+ e mong le e mong ka meokho. 32 Joale ke le beha ho Molimo+ le lentsoeng la mosa oa hae o sa tšoanelang, e leng lentsoe le ka le hahang+ le ho le fa lefa har’a bohle ba halalelitsoeng.+ 33 Ha ho motho eo ke chachehetseng ka mohono silevera ea hae kapa khauta ea hae kapa seaparo sa hae.+ 34 Lea tseba hore matsoho ana a sebelelitse litlhoko tsa ka+ le tsa ba nang le ’na. 35 Ke le bontšitse linthong tsohle hore ka ho sebetsa+ ka tsela ena le thuse ba fokolang,+ ’me le hopole mantsoe a Morena Jesu, ha a re, ‘Ho fana ho tlisa thabo e khōlō+ ho feta ho amohela.’”

36 Ha a buile lintho tsena, a khumama+ fatše hammoho le bona kaofela eaba oa rapela. 37 Ha tsoha ho lla ho hoholo har’a bona kaofela, eaba ba itihela molaleng+ oa Pauluse ’me ba mo aka+ ka lerato, 38 hobane ba ne ba utloisitsoe bohloko haholo-holo ke lentsoe leo a neng a le buile la hore ba ne ba ke ke ba hlola ba bona sefahleho+ sa hae. Kahoo ba qala ho mo felehetsa+ ho ea sekepeng.

21 Joale ha re tlohile ho bona ’me re tsamaile ka sekepe, ra tloha ka potlako ka tsela e otlolohileng ’me ra fihla Kose, empa letsatsing le hlahlamang ra fihla Rhode, ’me ho tloha moo ra tla Patara. 2 Ha re fumane sekepe se neng se tšelela Foenisia, ra palama eaba re tloha ka sekepe. 3 Ka mor’a hore re bone sehlekehleke sa Cyprase+ ra se siea ka lehlakoreng le letšehali eaba re tsoela pele ho tsamaea ka sekepe ho ea Syria,+ ’me ra emisa Tyre, kaha sekepe se ne se lokela ho laolla thepa+ ea sona moo. 4 Ha re ntse re batla ra fumana barutuoa ’me ra lula mona matsatsi a supileng. Empa ka moea+ ba bolella Pauluse ka ho pheta-pheta hore a se ke a beha leoto Jerusalema. 5 Kahoo ha re phethile matsatsi a itseng, ra tloha ’me ra tsamaea; empa bona kaofela, hammoho le basali le bana, ba re felehetsa ho ea fihla ka ntle ho motse. Ha re khumama+ lebōpong ra etsa thapelo 6 eaba rea lumelisana,+ ’me re hloella ka sekepeng empa bona ba khutlela malapeng a bona.

7 Joale ra phetha leeto ka sekepe ho tloha Tyre ’me ra fihla Ptolemaise, eaba re lumelisa barab’abo rōna ’me re lula letsatsi le le leng le bona. 8 Letsatsing le hlahlamang ra tsoa eaba re fihla Cesarea,+ ’me ra kena ka tlung ea Filipi moevangeli, eo e neng e le e mong oa banna ba supileng,+ ’me ra lula le eena. 9 Monna enoa o ne a e-na le barali ba bane, baroetsana, ba neng ba profeta.+ 10 Empa ha re ntse re lutse matsatsi a mangata, moprofeta ea itseng ea bitsoang Agabase+ a theoha Judea, 11 eaba o tla ho rōna ’me o nka senyepa sa Pauluse, o itlama maoto le matsoho ’me o re: “Moea o halalelang o bolela tjena, ‘Monna eo senyepa sena e leng sa hae Bajuda ba tla mo tlama+ ka mokhoa ona Jerusalema ’me ba nehelane+ ka eena matsohong a batho ba lichaba.’” 12 Joale ha re utloa sena, rōna le ba sebaka seo ra qala ho mo kōpa ka tieo hore a se ke a nyolohela+ Jerusalema. 13 Joale Pauluse a araba: “Ke eng seo le se etsang ka ho lla+ le ho mphokolisa pelong?+ Kholisehang, ha kea itokisetsa feela ho tlangoa empa ke itokiselitse le ho shoella+ Jerusalema bakeng sa lebitso la Morena Jesu.”14 Ha a sa nyahamisoe, ra inehela ntle ho khang ka mantsoe ana: “Ho ke ho etsahale thato+ ea Jehova.”

15 Joale ka mor’a matsatsi ana ra lokisetsa leeto ’me ra qala ho nyolohela Jerusalema.+ 16 Empa ba bang ba barutuoa ba tsoang Cesarea+ le bona ba tsamaea le rōna, ho re tlisa ho monna eo re neng re lokela ho amoheloa lapeng la hae, Mnasone ea itseng oa Cyprase, e mong oa barutuoa ba pele. 17 Ha re kena Jerusalema,+ barab’abo rōna ba re amohela ka nyakallo.+ 18 Empa letsatsing le latelang Pauluse a kena le rōna ho ea ho Jakobo;+ ’me banna ba baholo kaofela ba ne ba le teng. 19 A ba lumelisa ’me a qala ho fana ka tlaleho+ e qaqileng ea lintho tseo Molimo a ileng a li etsa har’a lichaba ka bosebeletsi ba hae.+

20 Ka mor’a ho utloa sena ba qala ho tlotlisa Molimo, ba re ho eena: “Ua bona, mor’abo rōna, hore na ho na le likete tse ngata hakae tsa balumeli har’a Bajuda; kaofela ba chesehela Molao.+ 21 Empa ba utloile taba ea bo-bare ka uena hore u ’nile ua ruta Bajuda bohle har’a lichaba ho koenehela Moshe,+ u ba bolella hore ba se ke ba bolotsa+ bana ba bona kapa ba tsamaea ka litloaelo tse tiileng. 22 Joale, ho tla etsoa’ng ka hona? Leha ho le joalo ba tla utloa hore u fihlile. 23 Ka hona etsa sena seo re u bolellang sona: Re na le banna ba bane ba nang le boitlamo. 24 Nka banna bana u tsamaee le bona+ ’me u itlhoekise hammoho le bona ka mokhoa o laetsoeng ’me u lefelle litšenyehelo tsa bona,+ e le hore ba ka beoloa+ lihlooho. Kahoo e mong le e mong o tla tseba hore ha ho letho litabeng tsa bo-bare tseo ba ileng ba li bolelloa ka uena, empa hore u tsamaea ka ho laolehileng, u boetse u boloka Molao.+ 25 Ha e le ka balumeli ba tsoang har’a lichaba, re romelelitse, re fana ka qeto ea rōna ea hore ba lokela ho phema se hlabetsoeng litšoantšo tse rapeloang+ hammoho le mali+ le se fenethiloeng+ le bohlola.”+

26 Joale Pauluse a nka banna bao a tsamaea le bona letsatsing le hlahlamang ’me a itlhoekisa hammoho le bona ka mokhoa o laetsoeng+ eaba o kena ka tempeleng, ho fana ka tsebiso ea matsatsi a tla nkoa+ bakeng sa ho itlhoekisa ka mokhoa o laetsoeng, ho fihlela ho ka nehelanoa ka nyehelo+ bakeng sa e mong le e mong oa bona.+

27 Joale ha matsatsi a supileng+ a le haufi le ho phethoa, Bajuda ba tsoang Asia ha ba mo bona ka tempeleng ba qala ho ferekanya+ bongata boo kaofela, eaba ba beha matsoho holim ’a hae, 28 ba hoeletsa: “Banna ba Iseraele, thusang! Enoa ke eena motho ea rutang e mong le e mong hohle khahlanong le sechaba+ le Molao le sebaka sena ’me, ho feta moo, o ile a ba a tlisa Bagerike ka tempeleng ’me o silafalitse sebaka sena se halalelang.”+ 29 Etsoe pele ba ne ba bone Trofimase+ Moefese motseng a e-na le eena, empa ba ne ba nahana hore Pauluse o ne a mo tlisitse ka tempeleng. 30 Motse oohle oa ba moferefereng,+ ’me batho ba matha hammoho; eaba ba tšoara Pauluse ’me ba mo hulanyetsa ka ntle ho tempele.+ Kapele-pele menyako ea koaloa. 31 Ha ba ntse ba batla ho mo bolaea, boitsebiso ba fihla ho molaoli oa sehlopha ba hore Jerusalema eohle e ne e le moferefereng;+ 32 hang-hang a nka masole le balaoli ba mabotho ’me a mathela ho bona.+ Ha ba re heli! ’me ba bona molaoli oa sesole+ le masole, ba khaotsa ho otla Pauluse.

33 Joale molaoli eo oa sesole a atamela ’me a mo tšoara eaba o fana ka taelo ea hore a tlangoe ka liketane+ tse peli; ’me a qala ho botsisisa hore na ekaba ke mang le hore na o entse’ng. 34 Empa ba bang bongateng ba qala ho hooa ntho e ’ngoe, ’me ba bang ba hooa e ’ngoe.+ Kahoo, a sa khone ho tseba ntho leha e le efe e tiileng ka lebaka la morusu, a laela hore a tlisoe bolulong ba masole.+ 35 Empa ha a fihla litepising, a jaroa ke masole ka lebaka la pefo ea bongata; 36 kaha letšoele la batho le ne le ntse le latela, le hoeletsa: “Mo tloseng!”+

37 Eare ha a le haufi le ho isoa bolulong ba masole, Pauluse a re ho molaoli oa sesole: “Na ke lumeletsoe ho bua ho hong ho uena?” A re: “Na u ka bua Segerike? 38 Na ka sebele hase uena Moegepeta eo pele ho matsatsi aa a ileng a hlohlelletsa bofetoheli+ le ho etella pele banna ba likete tse ’nè ba lithipa tse sehang ka nģa tse peli ho tsoela lefeelleng?” 39 Joale Pauluse a re: “Ha e le hantle, ke Mojuda,+ oa Tarsase+ e Silisia, moahi oa motse o sa patehang. Kahoo kea u kōpa, ntumelle hore ke bue le sechaba.” 40 Ka mor’a hore a fane ka tumello, Pauluse, a eme litepising, a etsetsa sechaba pontšo+ ka letsoho. Ha khutso e khōlō e anela, a bua le sona ka puo ea Seheberu,+ a re:

22 “Banna, barab’eso+ le bo-ntate, joale utloang boitšireletso+ ba ka ho lōna.” 2 (Joale, ha ba utloa hore o ne a bua le bona ka puo ea Seheberu,+ ba lula ba khutsitse haholoanyane, eaba o re:) 3 “Ke Mojuda,+ ea tsoaletsoeng Tarsase ea Silisia,+ empa ea rutetsoeng motseng ona maotong a Gamaliele,+ ea rupetsoeng ho ea ka ho tiea+ ha Molao oa baholo-holo, ke chesehela+ Molimo feela joalokaha kaofela ha lōna le mo chesehela letsatsing lena. 4 Ke ile ka hlorisa Tsela ena ho fihlela lefung,+ ke tlama ke bile ke nehelana ka banna hammoho le basali lichankaneng,+ 5 joalokaha moprista ea phahameng hammoho le sehlopha sohle sa banna ba baholo+ ba ka mpakela. Ho bona ke ile ka boela ka fumana mangolo+ a eang ho barab’abo rōna Damaseka, ’me ke ne ke le tseleng ho tlisa le bona ba neng ba le moo ba tlamiloe Jerusalema hore ba fuoe kotlo.

6 “Empa ha ke ntse ke tsamaea ’me ke atamela Damaseka, hoo e ka bang har’a motšehare, ka tšohanyetso leseli le leholo la halima ho tsoa leholimong ho mpotoloha ka hohle,+ 7 ’me ka oela fatše eaba ke utloa lentsoe le re ho ’na, ‘Saule, Saule, u ntlhorisetsa’ng?’+ 8 Ka araba, ‘U mang, Morena?’ Eaba o re ho ’na, ‘Ke ’na Jesu Monazaretha, eo u mo hlorisang.’+ 9 Joale banna ba neng ba e-na le ’na+ ba bona leseli leo empa ba se ke ba utloa lentsoe la ea buang le ’na.+ 10 Eaba ke re, ‘Ke etse’ng,+ Morena?’ Morena a re ho ’na, ‘Ema, u tsamaee u kene Damaseka, ’me moo u tla bolelloa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e behetsoeng hore u e etse.’+ 11 Empa kaha ke ne ke sa bone letho ka lebaka la khanya ea leseli leo, ka fihla Damaseka, ke ntse ke tataisoa ke tšoeroe ka letsoho ke ba neng ba e-na le ’na.+

12 “Joale Ananiase, monna ea itseng ea nang le tlhompho ea borapeli ho ea ka Molao, ea buuoang hantle+ ke Bajuda bohle ba lulang moo, 13 a tla ho ’na ’me, a eme haufi le ’na, a re ho ’na, ‘Saule, mor’eso, boela u bone!’+ Eaba kea mo talima ka eona hora eo. 14 A re, ‘Molimo oa baholo-holo+ ba rōna o u khethetse+ hore u tsebe thato ea hae le ho bona+ Ea lokileng+ le ho utloa lentsoe la molomo+ oa hae, 15 hobane u tla ba paki ea hae ho batho bohle ea lintho tseo u li boneng le ho li utloa.+ 16 Joale ke hobane’ng ha u lieha? Ema, u kolobetsoe+ ’me u hlatsoe+ libe tsa hao ka hore u ipiletse lebitsong la hae.’+

17 “Empa ha ke khutletse Jerusalema+ ’me ke ntse ke rapela ka tempeleng, ka haptjoa kelellong+ 18 eaba ke mo bona a re ho ’na, ‘Potlaka ’me u tsoe Jerusalema kapele, hobane ba ke ke ba lumellana+ le bopaki ba hao malebana le ’na.’ 19 Eaba ke re, ‘Morena, ba tseba hantle hore ke ne ke kenya ba lumelang ho uena chankaneng+ le ho ba shapa synagogeng e ’ngoe ka mor’a e ’ngoe;+ 20 ’me ha mali a Setefane+ paki ea hao a ntse a tšolloa, le ’na ke ne ke eme haufi ’me ke lumellana le seo+ ke bile ke lebetse liaparo tsa ka ntle tsa ba mo bolaeang.’ 21 Leha ho le joalo a re ho ’na, ‘Tsamaea, hobane ke tla u romela lichabeng tse hōle.’”+

22 Joale ba ’na ba mo mamela ho fihlela lentsoeng lena, eaba ba phahamisa mantsoe, ba re: “Tlosang motho ea joalo lefatšeng, kaha o ne a sa lokela ho phela!”+ 23 Kahobane ba ne ba hoeletsa ’me ba akhelaka liaparo tsa bona tsa ka ntle ’me ba thuntšetsa lerōle moeeng,+ 24 molaoli oa sesole a laela hore a tlisoe bolulong ba masole eaba o re o lokela ho hlahlojoa ka ho shapuoa, e le hore a ka tseba ka botlalo hore na ke ka lebaka la’ng ha ba ne ba hooa+ khahlanong le eena ka tsela ena. 25 Empa ha ba mo rapalalitse hore a shapuoe ka sephali, Pauluse a re ho molaoli oa lebotho ea neng a eme moo: “Na ho lumelloa ke molao hore le shape motho eo e leng Moroma+ a bile a sa ahloloa?” 26 Joale, ha molaoli oa lebotho a utloa sena, a ea ho molaoli oa sesole ’me a tlaleha, a re: “U rerile ho etsa’ng? Ka sebele, motho enoa ke Moroma.” 27 Kahoo molaoli oa sesole a atamela eaba o re ho eena: “Mpolelle, Na u Moroma?”+ A re: “E.” 28 Molaoli oa sesole a arabela: “Ke rekile litokelo tsena ke le moahi ka chelete e ngata haholo.” Pauluse a re: “Empa ’na ke bile ke tsoaletsoe ho tsona.”+

29 Ka hona, kapele-pele banna ba neng ba le haufi le ho mo hlahloba ka ho mo hlokofatsa ba tloha ho eena; ’me molaoli oa sesole a tšoha ha a fumana hantle hore ke Moroma+ le hore o ne a mo tlamile.

30 Kahoo, letsatsing le hlahlamang, kaha a ne a lakatsa ho tseba ka ’nete hore na hantle-ntle ke hobane’ng ha a ne a qosoa ke Bajuda, a mo lokolla eaba o laela baprista ba ka sehloohong le Sanhedrine eohle ho bokana. Eaba o theola Pauluse ’me o mo emisa har’a bona.+

23 A talimile Sanhedrine ka hloko Pauluse a re: “Banna, barab’eso, ke itšoere ka letsoalo+ le hloekileng ka ho phethahetseng ka pel’a Molimo ho fihlela letsatsing lena.” 2 Eaba moprista ea phahameng Ananiase o laela ba emeng haufi le eena hore ba mo otle+ molomo. 3 Joale Pauluse a re ho eena: “Molimo o tla u otla, uena lerako le soeufalitsoeng.+ Na ka nako e le ’ngoe u lutse bakeng sa ho nkahlola tumellanong le Molao+ ’me, ka ho tlōla Molao,+ u laela hore ke otloe?” 4 Ba emeng haufi ba re: “Na u hlapaola moprista ea phahameng oa Molimo?” 5 Pauluse a re: “Barab’eso, ke ne ke sa tsebe hore ke moprista ea phahameng. Etsoe ho ngoliloe, ‘U se ke ua bua hampe ka ’musi oa batho ba heno.’”+

6 Joale ha Pauluse a ela hloko hore karolo e ’ngoe e ne e le ea Basaduse+ empa e ’ngoe e le ea Bafarisi, a qala ho hoeletsa ka har’a Sanhedrine: “Banna, barab’eso, ke Mofarisi,+ mora oa Bafarisi. Ke ntse ke ahloloa+ mabapi le tšepo ea tsoho ea bafu.”+ 7 Kahobane a ile a bua sena, ha tsoha ho hloka kutloano+ pakeng tsa Bafarisi le Basaduse, ’me letšoele la arohana. 8 Etsoe Basaduse+ ba re ha ho na tsoho+ kapa lengeloi kapa moea, empa Bafarisi ba li bolela kaofela phatlalatsa. 9 Kahoo ha tsoha ho tleroha+ ho hoholo, ’me ba bang ba bangoli ba sehlopha sa Bafarisi ba ema ’me ba qala ho pheha khang ka bohale bo tšosang, ba re: “Ha re fumane letho le fosahetseng ho motho enoa;+ empa haeba moea kapa lengeloi le buile le eena,+—.” 10 Joale ha ho hloka kutloano ho hōla, molaoli oa sesole a tšoha hore ba ne ba tla tsekolla Pauluse likoto, eaba o laela lebotho la masole+ hore le theohe ’me le mo hloibile har’a bona ’me le mo tlise bolulong ba masole.+

11 Empa bosiung bo latelang Morena a ema haufi le eena+ a re: “E-ba sebete!+ Etsoe joalokaha u ’nile ua fana ka bopaki+ bo phethahetseng linthong tse mabapi le ’na Jerusalema, kahoo u tla boela u pake Roma.”+

12 Joale ha e e-ba motšehare, Bajuda ba etsa morero oa bolotsana+ ’me ba itlama ka bomalimabe,+ ba re ba ne ba ke ke ba ja kapa ba noa ho fihlela ba bolaile Pauluse.+ 13 Ho ne ho e-na le banna ba fetang mashome a mane ba neng ba entse morero ona oa bolotsana o tlamiloeng ka kano; 14 eaba ba ea ho baprista ba ka sehloohong+ le banna ba baholo ’me ba re: “Re itlamile ka tieo ka bomalimabe hore re se ke ra ja lijo ho fihlela re bolaile Pauluse. 15 Ka hona, joale lōna hammoho le Sanhedrine hlakisetsang molaoli oa sesole hore na ke hobane’ng ha a lokela ho mo theolela ho lōna joalokaha eka le rerile ho fumana hantle ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane litaba tse mo amang.+ Empa pele a atamela re tla be re loketse ho mo bolaea.”+

16 Leha ho le joalo, mora oa khaitseli ea Pauluse a utloa ka ho lalla+ ha bona, eaba oa tla ’me o kena bolulong ba masole ’me o tlalehela Pauluse. 17 Kahoo Pauluse a bitsetsa e mong oa balaoli ba mabotho ho eena eaba o re: “Isa mohlankana enoa ho molaoli oa sesole, kaha o na le ho hong hoo a tla mo tlalehela hona.” 18 Ka hona monna enoa a mo nka eaba o mo isa ho molaoli oa sesole ’me o re: “Motšoaruoa Pauluse o ile a mpitsetsa ho eena eaba o nkōpa hore ke tlise mohlankana enoa ho uena, kaha o na le ho hong hoo a tla u bolella hona.” 19 Molaoli oa sesole a mo tšoara+ ka letsoho eaba oa tloha ’me o qala ho botsisisa boinotšing: “Ke eng eo u tlileng ho ntlalehela eona?” 20 A re: “Bajuda ba lumellane ho u kōpa hore u theolele Pauluse Sanhedrine hosasane joalokaha eka ba rerile ho tseba ho hong ho nepahetseng haholoanyane ka eena.+ 21 Ka holim ’a lintho tsohle, u se ke ua ba lumella hore ba u susumetse, kaha banna ba fetang mashome a mane ba bona ba mo laletse,+ ’me ba itlamile ka bomalimabe hore ba se ke ba ja kapa ba noa ho fihlela ba mo bolaile;+ ’me joale ba itokisitse, ba letetse tšepiso e tsoang ho uena.” 22 Ka hona molaoli oa sesole a tlohela mohlankana eo hore a tsamaee ka mor’a hore a mo laele: “U se ke ua senolela leha e le mang hore u ntlhakiselitse lintho tsena.”

23 Eaba o bitsa ba bang ba babeli ba balaoli ba mabotho ’me o re: “Lokisang masole a makholo a mabeli hore a tsamaee ho ea fihla Cesarea, le banna ba lipere ba mashome a supileng le banna ba marumo ba makholo a mabeli, ka hora ea boraro ea bosiu. 24 Hape, le lokisetse hore ho be le lipelesa e le hore ba ka palamisa Pauluse ’me ba mo isa a sireletsehile ho ’musisi Felixe.” 25 ’Me a ngola lengolo la mofuta ona:

26 “Claudiase Lysiase ho mohlomphehi ea khabane, ’Musisi Felixe:+ Lumela! 27 Monna enoa o ile a tšoaroa ke Bajuda ’me ba ne ba le haufi le ho mo bolaea, empa ka tšohanyetso ka tla ka lebotho la masole eaba kea mo pholosa,+ hobane ke ile ka tseba hore ke Moroma.+ 28 Ka ho lakatsa ho fumana hantle lebaka leo ba neng ba mo qosa ka lona, ke ile ka mo theolela ka har’a Sanhedrine+ ea bona. 29 Ka fumana a qosoa ka litsekisano tsa Molao+ oa bona, empa a sa qosoe ka ntho leha e le ’ngoe e tšoaneloang ke lefu kapa litlamo.+ 30 Empa ka lebaka la hore ke senoletsoe morero o mobe+ o tla etsoa khahlanong le monna enoa, ke mo romela ho uena hang-hang, ’me ke laela baqosi hore ba bue khahlanong le eena ka pel’a hao.”+

31 Ka hona masole+ ana a nka Pauluse ho ea ka litaelo tsa ’ona ’me a mo tlisa Antipatrise bosiu. 32 Letsatsing le hlahlamang a lumella banna ba lipere hore ba ee pele le eena, eaba a khutlela bolulong ba masole. 33 Banna bao ba lipere ba kena Cesarea+ ’me ba nehelana ka lengolo leo ho ’musisi ’me hape ba hlahisa Pauluse ho eena. 34 Kahoo a le bala ’me a botsisisa hore na o ne a tsoa profinseng efe, eaba o fumana hantle+ hore o ne a tsoa Silisia.+ 35 A re: “Ke tla u mamela ka ho phethahetseng, ha baqosi ba hao le bona ba fihla.”+ A laela hore a bolokoe a lebetsoe ka tlung ea ’muso ea moemphera ea Heroda.

24 Matsatsi a mahlano hamorao moprista ea phahameng Ananiase+ a theoha le banna ba bang ba baholo le sebui sa phatlalatsa, Tertulase ea itseng, eaba ba fana ka boitsebiso+ ho ’musisi+ khahlanong le Pauluse. 2 Ha a bitsoa, Tertulase a qala ho mo qosa, a re:

“Kaha re thabela khotso+ e khōlō ka uena le hore liphetoho lia etsahala sechabeng sena ka ho nahanela pele ha hao, 3 ka linako tsohle le libakeng tsohle rea ho amohela, Mohlomphehi ea Khabane+ Felixe, ka teboho e khōlō. 4 Empa hore ke se ke ka u sitisa ka ho eketsehileng, ke etsa thapeli ho uena hore u re utloe ka bokhutšoanyane ka mosa oa hao. 5 Etsoe re fumane monna enoa e le motho ea kotsi+ haholo a bile a hlohlelletsa bofetoheli+ har’a Bajuda bohle ho pholletsa le lefatše leo ho ahiloeng ho lona ’me e le moeta-pele oa lequloana la Banazaretha,+6 ea ileng a leka ho silafatsa tempele+ le eo re ileng ra mo tšoara. 7 — 8 Ka ho mo hlahloba u ka fumana ho eena lintho tsena tsohle tseo re mo qosang ka tsona.”

9 Eaba Bajuda le bona ba kopanela tlhaselong, ba tiisa hore lintho tsena li joalo. 10 Pauluse, ha ’musisi a mo qhoaea ka hlooho hore a bue, a araba:

“Ka ho tseba hantle hore u bile moahloli oa sechaba sena ka lilemo tse ngata, ke bua ka ho se tsila-tsile lintho tse mabapi le ’na ho itšireletsa,+ 11 kaha u boemong ba ho fumana hore ha e e-s’o be matsatsi a leshome le metso e ’meli ho tloha ha ke nyoloha ho ea rapela+ Jerusalema; 12 ’me ha baa ka ba mphumana ka tempeleng+ ke phehisana le mang kapa mang kapa ke khobokanya mokhopi,+ kapa ka lisynagogeng kapa ho pholletsa le motse. 13 Leha e le hore ba ka u pakela+ lintho tseo ba nqosang ka tsona hona joale. 14 Empa ke fela ke lumela sena ho uena, hore, ho ea ka tsela eo ba e bitsang ‘lequloana,’ ke etsetsa Molimo oa baholo-holo+ ba ka tšebeletso e halalelang ka mokhoa ona, kaha ke lumela lintho tsohle tse behiloeng Molaong+ le tse ngotsoeng Baprofeteng; 15 ke na le tšepo+ ho Molimo, e leng tšepo eo batho bana le bona ba nang le eona, ea hore ho tla ba le tsoho+ ea ba lokileng+ le ba sa lokang.+ 16 Tabeng ena, ka sebele, ke ikoetlisa ke sa khaotse hore ke be le kelo-hloko+ ea hore ke se ke ka siteloa Molimo le batho. 17 Kahoo ka mor’a lilemo tse ngata ke ile ka fihla ho tlisa limpho tsa mohau sechabeng sa heso, le linyehelo.+ 18 Ha ke ntse ke le litabeng tsena ba mphumana ke hloekisitsoe ka mokhoa o laetsoeng ka tempeleng,+ empa eseng ke e-na le bongata kapa ke le morusung. Empa ho ne ho e-na le Bajuda ba itseng ba tsoang seterekeng sa Asia, 19 ba tšoanelang ho ba teng ka pel’a hao ho nqosa haeba ba ka ba le ntho leha e le efe khahlanong le ’na.+ 20 Kapa, banna bana ba ke ba bolele hore na ke phoso efe eo ba e fumaneng ha ke eme ka pel’a Sanhedrine, 21 haese mabapi le polelo ena e le ’ngoe eo ke ileng ka e hoeletsa ha ke ntse ke eme har’a bona, ‘Kajeno ke ntse ke ahloloa ka pel’a lōna mabapi le tsoho ea bafu!’”+

22 Leha ho le joalo, Felixe,+ ka ho tseba ka mokhoa o nepahetseng hantle litaba tse malebana le Tsela+ ena, a qala ho qhela banna bana le ho re: “Neng kapa neng ha Lysiase+ molaoli oa sesole a theoha, ke tla etsa qeto ka litaba tsena tse le amang.” 23 A laela molaoli oa lebotho hore monna eo a bolokoe le hore a be le bolokolohi bo itseng ba litlamo, le hore ho batho ba habo ho se ke ha e-ba le eo a mo hanelang ho mo sebeletsa.+

24 Matsatsi a itseng hamorao Felixe+ a fihla hammoho le mosali oa hae Drusila, eo e neng e le Mojuda,+ ’me a romeletsa hore ho bitsoe Pauluse eaba oa mo mamela mabapi le ho lumela ho Kreste Jesu.+ 25 Empa ha a ntse a bua ka ho loka+ le boitšoaro+ le kahlolo+ e tlang ho tla, Felixe a tšoha eaba oa araba: “Hajoale tsamaea, empa ha ke fumana nako e loketseng ke tla romeletsa hore u bitsoe hape.” 26 Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang, o ne a tšepile ho fuoa chelete+ ke Pauluse. Ka lebaka leo a romeletsa hore a bitsoe khafetsa ’me o ne a ee a buisane le eena.+ 27 Empa, ha lilemo tse peli li fetile, Felixe a hlahlangoa ke Porkiase Festase; kahobane Felixe a ne a lakatsa ho fumana kamohelo+ ho Bajuda, a tlohela Pauluse a tlamiloe.

25 Ka hona Festase, ka mor’a hore a hloelle+ ’musong oa profinse, a nyoloha matsatsi a mararo hamorao ho ea Jerusalema ho tloha Cesarea;+ 2 ’me baprista ba ka sehloohong le banna ba ka sehloohong ba Bajuda ba mo fa boitsebiso+ khahlanong le Pauluse. Kahoo ba qala ho mo kōpa ka tieo, 3 ba ikōpela mosa oa hore ho romeletsoe hore monna eo a tle Jerusalema, kaha ba ne ba laletse+ ho mo bolaea tseleng. 4 Leha ho le joalo, Festase a araba ka hore Pauluse o ne a lokela ho bolokoa Cesarea le hore o ne a tla tloha a e-ea moo haufinyane. 5 A re: “Kahoo ba leng pusong har’a lōna, ba ke ba theohe le ’na ’me ba mo qose,+ haeba ho e-na le ntho leha e le efe e tsoileng tseleng mabapi le monna eo.”

6 Kahoo ha a qetile matsatsi a ka bang robeli kapa leshome har’a bona, a theohela Cesarea, ’me letsatsing le hlahlamang a lula setulong sa kahlolo+ eaba o laela hore Pauluse a tlisoe. 7 Ha a fihla, Bajuda ba neng ba theohile Jerusalema ba ema ba mo pota-potile, ba tobisa liqoso+ tse ngata le tse tebileng khahlanong le eena tseo ba neng ba sa khone ho hlahisa bopaki bakeng sa tsona.

8 Empa ha Pauluse a itšireletsa a re: “Ha kea siteloa+ Molao oa Bajuda kapa tempele+ kapa Cesare.” 9 Festase, ka ho lakatsa ho fumana kamohelo+ ho Bajuda, a re ha a araba Pauluse: “Na u lakatsa ho nyolohela Jerusalema ’me u ahloloe ka pel’a ka hona teng malebana le lintho tsee?”+ 10 Empa Pauluse a re: “Ke eme ka pel’a setulo sa kahlolo sa Cesare,+ moo ke tšoanelang ho ahloloa teng. Ha kea fosetsa Bajuda,+ joalokaha le uena u fumana hantle. 11 Ka lehlakoreng le leng, haeba kannete ke mofosi+ ’me ke entse ntho leha e le efe e tšoaneloang ke lefu,+ ha ke ikhule ho shoeng; ka lehlakoreng le leng, haeba ha ho letho le teng la lintho tseo banna bana ba nqosang ka tsona, ha ho motho ea ka nehelanang ka ’na ho bona ho ba thabisa. Ke ipiletsa ho Cesare!”+ 12 Joale Festase, ka mor’a hore a bue le sehlopha sa baeletsi, a araba: “U ipilelitse ho Cesare; u tla ea ho Cesare.”

13 Joale ha matsatsi a itseng a fetile, Morena Agripa le Bernise ba fihla Cesarea bakeng sa ketelo ea ho ea lumelisa Festase. 14 Kahoo, ha ba ntse ba qeta matsatsi a mangata moo, Festase a beha litaba tse mabapi le Pauluse ka pel’a morena, a re:

“Ho na le monna ea itseng ea siiloeng e le motšoaruoa ke Felixe, 15 ’me ha ke le Jerusalema baprista ba ka sehloohong le banna ba baholo ba Bajuda ba ile ba tlisa boitsebiso+ bo mabapi le eena, ba kōpa kahlolo ea tsuo khahlanong le eena. 16 Empa ka ba araba ka hore hase mokhoa oa Baroma ho nehelana ka motho leha e le ofe ho thabisa batho pele motho ea qosoang a kopana le baqosi+ ba hae lifahleho li talimane ’me a fumana monyetla oa ho bua ho itšireletsa malebana le pelaelo. 17 Ka hona ha ba bokana mona, ha kea ka ka lieha, empa letsatsing le hlahlamang ka lula setulong sa kahlolo eaba ke laela hore monna eo a tlisoe. 18 Ha ba ema, baqosi ha baa ka ba hlahisa qoso+ ea lintho tse khopo tseo ke neng ke li nahana malebana le eena. 19 Ba ne ba mpa ba e-na le liphehisano tse itseng le eena malebana le borapeli+ ba bona ba molimo le malebana le Jesu ea itseng ea neng a shoele empa eo Pauluse a neng a ntse a tiisa hore oa phela.+ 20 Kahoo, ka ho tsieleha mabapi le phehisano ka litaba tsena, ka qala ho botsa hore na o ne a tla rata ho ea Jerusalema le hore a ahloloe moo malebana le litaba tsena.+ 21 Empa ha Pauluse a ipiletsa+ hore a bolokeloe qeto ea Ea Tlotlehang, ka laela hore a bolokoe ho fihlela nka mo romela ho Cesare.”

22 Joale Agripa a re ho Festase: “Le ’na nka rata ho utloa motho eo.”+ A re, “Ka sebele hosasane u tla mo utloa.” 23 Ka hona, letsatsing le hlahlamang, Agripa le Bernise ba tla ka pontšo e khōlō ea makōkō+ ’me ba kena ka kamoreng ea bamameli hammoho le balaoli ba sesole hammoho le banna ba boemo bo phahameng motseng, ’me ha Festase a fana ka taelo, Pauluse a tlisoa. 24 Festase a re: “Morena Agripa le lōna kaofela banna ba teng le rōna, le bona monna enoa eo letšoele lohle la Bajuda le ipilelitseng hammoho ho ’na malebana le eena Jerusalema le mona, le hooa hore o tšoanela hore a se ke a hlola a phela.+ 25 Empa ka lemoha hore o ne a sa etsa letho le tšoaneloang ke lefu.+ Kahoo ha monna enoa a ipiletsa+ ho Ea Tlotlehang, ka etsa qeto ea ho mo romela. 26 Empa ha ke na letho le tiileng leo nka le ngollang Moren’a ka malebana le eena. Ka hona ke mo tlisitse ka pel’a lōna, ’me haholo-holo ka pel’a hao, Morena Agripa, e le hore, ka mor’a hore tlhahlobo ea boahloli e be teng,+ nka fumana ho hong hoo nka ho ngolang. 27 Etsoe ho ’na ho bonahala e le ho se nang kahlolo e molemo ho romela motšoaruoa ’me hape ho sa bontšoe liqoso tse khahlanong le eena.”

26 Agripa+ a re ho Pauluse: “U lumeletsoe ho ipuella.” Joale Pauluse a otlolla letsoho+ ’me ha a itšireletsa a qala ho re:+

2 “Malebana le lintho tsohle tseo Bajuda ba nqosang+ ka tsona, Morena Agripa, ke inka ke le ea thabileng hore ebe ke tla itšireletsa ka pel’a hao letsatsing lena, 3 haholo-holo kaha u le setsebi litloaelong+ tsohle hammoho le litsekong har’a Bajuda. Ka hona ke kōpa hore u nkutloe ka ho se fele pelo.

4 “Ka sebele, ha e le ka mokhoa oa bophelo+ oo ke ileng ka phela ka oona ho tloha bocheng ho tloha tšimolohong har’a sechaba sa heso le Jerusalema, Bajuda bohle 5 ba neng ba tloaelane le ’na pele ho tloha ho oa ho qala baa tseba, haeba feela ba lakatsa ho paka, hore ke ile ka phela ke le Mofarisi+ ho ea ka lequloana+ la mofuta oa rōna oa borapeli le latelang litaelo tse thata ka ho fetisisa. 6 Leha ho le joalo hona joale ka lebaka la tšepo+ ea tšepiso+ e ileng ea etsoa ke Molimo ho baholo-holo ba rōna ke eme ke bitselitsoe kahlolo; 7 athe meloko ea rōna e leshome le metso e ’meli e tšepile ho fihla phethahatsong ea tšepiso ena ka ho mo etsetsa tšebeletso e halalelang ka matla haholo bosiu le motšehare.+ Ke qosoa+ ke Bajuda malebana le tšepo ena, morena.

8 “Ke hobane’ng ha le nahana hore ke ntho e sa lumeleheng har’a lōna hore Molimo o tsosa bafu?+ 9 Ka sebele ke ne ke nahana hore ke tšoanela ho etsa liketso tse ngata tsa khanyetso khahlanong le lebitso la Jesu Monazaretha; 10 e leng seo, ha e le hantle, ke ileng ka se etsa Jerusalema, ’me ka koalla bahalaleli ba bangata lichankaneng,+ kaha ke ne ke amohetse matla ho baprista ba ka sehloohong;+ ’me ha ba il’o bolaoa, ka vouta khahlanong le bona. 11 Ka ho ba fa kotlo ka makhetlo a mangata ka lisynagogeng+ tsohle ka leka ho ba qobella ho latola tumelo; kaha ke ne ke ba halefetse ka ho fetisisa, ka ba ka ea bohōleng ba ho ba hlorisa esita le metseng e ka ntle.

12 “Har’a boiteko bona eare ha ke e-ea Damaseka+ ka bolaoli le taelo e tsoang ho baprista ba ka sehloohong, 13 morena, har’a motšehare tseleng, ka bona leseli le fetang phatsimo ea letsatsi le halima ho tsoa leholimong ho mpota-pota le ho pota-pota ba tsamaeang le ’na.+ 14 Ha re oetse fatše kaofela ka utloa lentsoe le re ho ’na ka puo ea Seheberu, ‘Saule, Saule, u ntlhorisetsa’ng? Ho ’na u raha litsenene ho thatafaletsa uena.’+ 15 Empa ka re, ‘U mang, Morena?’ Eaba Morena o re, ‘Ke ’na Jesu, eo u mo hlorisang.+ 16 Leha ho le joalo, tsoha ’me u eme ka maoto.+ Etsoe ke iponahalitse ho uena ho finyella sena, e le hore ke u khethe u le mohlanka le paki+ ea lintho tseo u li boneng hammoho le lintho tseo ke tla u bontša tsona mabapi le ’na; 17 ha ke ntse ke u lopolla ho batho bana le ho lichaba, tseo ke u romelang+ ho tsona, 18 ho bula mahlo+ a tsona, ho li reteletsa ho tloha lefifing+ ho tla leseling+ le ho tloha matleng a Satane+ ho tla ho Molimo, e le hore li amohele tšoarelo ea libe+ le lefa+ har’a ba halalelitsoeng+ ke tumelo ea bona ho ’na.’

19 “Ka lebaka leo, Morena Agripa, ha kea ka ka ba ea sa mameleng pono+ eo ea leholimo, 20 empa ho ba Damaseka+ pele hammoho le ho ba Jerusalema,+ le naheng eohle ea Judea, le lichabeng+ ka qala ho tlisa molaetsa oa hore ba lokela ho baka le ho retelehela ho Molimo ka ho etsa mesebetsi e tšoanelang pako.+ 21 Ka lebaka la lintho tsena Bajuda ba ile ba ntšoara ka tempeleng ’me ba leka ho mpolaea.+ 22 Leha ho le joalo, kahobane ke fumane thuso+ e tsoang ho Molimo ke tsoela pele ho fihlela letsatsing lena ho pakela ba banyenyane hammoho le ba baholo, empa ke sa bolele letho haese lintho tseo Baprofeta+ hammoho le Moshe+ ba ileng ba bolela hore li ne li tla etsahala, 23 hore Kreste o ne a tla utloa bohloko+ ’me, e le oa pele ea tlang ho tsosoa bafung,+ o ne a tla phatlalatsa leseli+ ho batho bana hammoho le ho lichaba.”+

24 Joale ha a ntse a bua lintho tsena ha a itšireletsa, Festase a re ka lentsoe le phahameng: “Ua hlanya,+ Pauluse! Thuto e ngata ea u hlantša!” 25 Empa Pauluse a re: “Ha ke hlanye, Mohlomphehi ea Khabane Festase, empa ke bua lipolelo tsa ’nete le tsa ho hlaphoheloa kelellong. 26 Ha e le hantle, morena eo ke buang le eena ka bolokolohi o tseba hantle ka lintho tsena; etsoe ke kholisehile hore ha ho le e ’ngoe ea lintho tsena eo a sa e eleng hloko, kaha ntho ena ha ea etsetsoa sekhutlong.+ 27 Morena Agripa, na u lumela Baprofeta? Kea tseba hore ua lumela.”+ 28 Empa Agripa a re ho Pauluse: “Ka nako e khutšoanyane u ne u tla ntšusumelletsa hore ke be Mokreste.” 29 Eaba Pauluse o re: “Ke ne nka lakatsa ho Molimo hore ebang ke ka nako e khutšoanyane kapa ka nako e telele eseng uena feela empa le bohle ba nkutloang kajeno e ne e ka ba batho ba kang ’na, kantle ho litlamo tsena.”

30 Morena a ema ’me ’musisi le Bernise le banna ba lutseng le bona ba ema. 31 Empa eare ha ba tloha ba qala ho buisana, ba re: “Motho enoa ha a etse letho le tšoaneloang ke lefu+ kapa litlamo.” 32 Ho feta moo, Agripa a re ho Festase: “Monna enoa a ka be a lokolotsoe haeba a ne a sa ipiletsa+ ho Cesare.”

27 Kaha joale ho ile ha etsoa qeto ea hore re tlohe ka sekepe ho ea Italy,+ ba qala ho nehelana ka Pauluse hammoho le batšoaruoa ba bang ho molaoli oa lebotho ea bitsoang Juliase oa sehlopha sa Augustase. 2 Ha re palama sekepe se tsoang Adramithiame se neng se le haufi le ho sesetsa libakeng tse ikhohlileng ka lebōpo la setereke sa Asia, ra qalisa leeto ka sekepe, re e-na le Aristakase+ oa Macedonia ea tsoang Thesalonika. 3 Letsatsing le hlahlamang ra emisa Sidone, ’me Juliase a tšoara Pauluse ka mosa+ ’me a mo lumella ho ea ho metsoalle ea hae le ho thabela tlhokomelo+ ea eona.

4 Ha re tloha moo ka sekepe ra tsamaea tlas’a tšireletso ea Cyprase, kahobane meea e ne e le khahlanong le rōna; 5 ra sesisa sekepe ho pholletsa le leoatle le bulehileng re ikhohlile ka Silisia le Pamfilia ’me ra ema koung Myra e Lycia. 6 Empa molaoli oa lebotho a fumana sekepe se tsoang Alexandria+ moo se neng se sesetsa Italy, eaba o re palamisa sona. 7 Joale, ka mor’a hore re tsamaee butle ka sekepe matsatsi a mangata ’me re fihle Kinidase ka thata, kahobane moea ha oa ka oa re lumella ho tsoela pele, ra tsamaea ka sekepe tlas’a tšireletso ea Kreta Salmone, 8 ’me ra sesa re ikhohlile ka eona ra fihla ka thata sebakeng se itseng se bitsoang Kou e Ntle, seo motse oa Lasea o neng o le haufi le sona.

9 Kaha ho ne ho fetile nako e telele ’me joale ho ne ho le kotsi ho sesisa sekepe hobane esita le ho itima lijo [ha letsatsi la ho koaheloa ha libe]+ ho ne ho se ho fetile, Pauluse a ba eletsa, 10 a re ho bona: “Banna, ke lemoha hore ho sesisa sekepe ho tla ba le tšenyehelo le tahlehelo e khōlō eseng feela ea thepa le sekepe empa le ea meea ea rōna.”+ 11 Leha ho le joalo, molaoli oa lebotho a qala ho ela hloko motsamaisi oa sekepe le mong’a sekepe ho e-na le lintho tse boleloang ke Pauluse. 12 Kaha joale kou ea likepe e ne e sa lokela bakeng sa ho hlola mariha, bongata ba eletsa hore ho qalisoe leeto ka sekepe ho tloha moo, ho bona hore na ka tsela e itseng ba ka fihla Finixe bakeng sa ho hlola mariha, koung ea likepe ea Kreta e bulehelang ka nģ’a leboea-bochabela le ka nģ’a boroa-bochabela.

13 Ho feta moo, ha moea oa boroa o foka hasesane, ba nahana hore ho joalokaha eka ba finyeletse morero oa bona, eaba ba phahamisa ankora ’me ba qala ho sesetsa lebōpong ba ikhohlile ka Kreta. 14 Leha ho le joalo, ka mor’a nako e seng kae, moea o matla oa sefefo+ o bitsoang Euroakuilo oa theohela ho sona ka sekhahla. 15 Kaha sekepe se ile sa nkoa ka sekhahla ’me sa se ke sa khona ho boloka hlooho ea sona e tobane le moea, ra inehela eaba rea khannoa. 16 Joale ra tsamaea ka sekepe ka potlako tlas’a tšireletso ea sehlekehleke se itseng se senyenyane se bitsoang Kauda, leha ho le joalo ra batla re sa khone ho tšoara seketsoana+ se karolong e ka morao ea sekepe. 17 Empa ka mor’a ho se nyolla ho se palamisa ba qala ho sebelisa lithuso ho tšehetsa sekepe ka tlaase; ka ho tšaba ho qaoa Syrtise, ba theola lintho tse tšehetsang liseile kahoo ba hoholeha. 18 Leha ho le joalo kahobane re ne re akhotsoa ka sekhahla ke sefefo se matla, letsatsing le hlahlamang ba qala ho fokotsa boima+ sekepeng; 19 letsatsing la boraro, ka matsoho a bona, ba lahla liseile le thepa e ka thōko ea sekepe.

20 Joale, ha letsatsi kapa linaleli li sa bonahale ka matsatsi a mangata, ’me sefefo+ se seholo se matla se le holim ’a rōna, tšepo eohle ea ho pholoha ha rōna qetellong ea qala ho fela. 21 Ha ba itimme lijo halelele, joale Pauluse a ema har’a bona+ eaba o re: “Banna, ka sebele le ne le tšoanela hore ebe le nkile keletso ea ka ’me ha lea tloha ka sekepe Kreta le ho ba le tšenyehelo ena le tahlehelo ena.+ 22 Ho ntse ho le joalo, joale ke buella hore le hlasimolohe, kaha ha ho moea ho lōna o tla lahleha, ke sekepe feela se tla lahleha. 23 Etsoe bosiung bona haufi le ’na ho ile ha ema lengeloi+ la Molimo eo ke leng oa hae le eo ke mo etsetsang tšebeletso e halalelang,+ 24 le re, ‘Pauluse, u se ke ua tšaba. U tla ema ka pel’a Cesare,+ ’me, bona! ka bolokolohi Molimo o u file bohle ba tsamaeang le uena ka sekepe.’ 25 Ka hona hlasimolohang, banna; etsoe ke lumela Molimo+ hore ho tla ba hantle feela joalokaha ke boleletsoe. 26 Leha ho le joalo, ka sebele re tla lahleloa lebōpong sehlekehlekeng se itseng.”+

27 Joale ha bosiu ba leshome le metso e mene bo tšoara ’me re ntse re akholetsoa pele le morao leoatleng la Adria, har’a mp’a bosiu basesisi ba sekepe ba qala ho belaela hore ba ne ba atamela naheng e omileng.28 Ba lekanya botebo ’me ba fumana e le lifathome tse mashome a mabeli; kahoo ba tsoela pele sebaka se sekhutšoanyane ’me ba lekanya hape eaba ba fumana e le lifathome tse leshome le metso e mehlano. 29 Ka lebaka la ho tšaba hore re ka ’na ra lahleloa kae-kae holim ’a mafika, ba lahlela liankora tse ’nè ka ntle ho tloha karolong e ka morao ea sekepe ’me ba qala ho lakatsa hore e be motšehare. 30 Empa ha basesisi ba sekepe ba qala ho batla ho phonyoha sekepeng ’me ba theolela seketsoana ka leoatleng ka boikaketsi ba hore ba rera ho theola liankora sefubeng sa sekepe, 31 Pauluse a re ho molaoli oa lebotho le masole: “Ntle le hore banna bana ba lule ka sekepeng, le ke ke la pholoha.”+ 32 Joale masole a poma liropo tsa seketsoana+ eaba a se tlohela hore se oe.

33 Joale ha motšehare o atamela Pauluse a qala ho khothaletsa bohle hore ba je lijo, a re: “Kajeno ke letsatsi la leshome le metso e mene le lebetse ’me le tsoela pele ntle ho lijo, le sa ja letho. 34 Ka hona ke le khothaletsa ho ja lijo, kaha sena se molemong oa tšireletseho ea lōna; etsoe ha ho moriri+ le o mong oa hlooho ea e mong oa lōna o tla timela.” 35 Ka mor’a hore a bue sena, a boela a nka bohobe, a leboha+ Molimo ka pel’a bona kaofela eaba oa bo qhetsola ’me o qala ho ja. 36 Kahoo kaofela ba hlasimoloha ’me ba qala ho ja lijo. 37 Joale, kaofela, rōna meea e ka sekepeng re ne re le makholo a mabeli le mashome a supileng a metso e tšeletseng. 38 Ha ba khotše, ba qala ho fokotsa boima+ ka sekepeng ka ho lahlela koro ka ntle ho sekepe ka leoatleng.

39 Qetellong ha e e-ba motšehare, ba ne ba sa khone ho hlokomela naha e omileng empa ba ne ba lemoha kou e itseng e nang le lebōpo, ’me ba ne ba ikemiselitse ho khannela sekepe lebōpong+ koung ena haeba ba ne ba ka khona. 40 Kahoo, ha ba poma liankora, ba li tlohela tsa oela ka leoatleng, ka nako e tšoanang ba lokolla mehala ea masokoana ’me, ka mor’a ho nyollela seile e ka pele moeeng, ba leba lebōpong. 41 Ha ba fihla ka tšohanyetso lehlabatheng le koahetsoeng lehlakoreng ka leng ke leoatle, sekepe sa bona sa qaoa eaba sefuba sa sekepe sea khitla ’me se lula se sa sisinyehe, empa karolo e ka morao ea sekepe ea qala ho robeha likoto ka sekhahla.+ 42 Masole a ikemisetsa ho bolaea batšoaruoa, e le hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea ka sesang a baleha ’me a phonyoha. 43 Empa molaoli oa lebotho o ne a lakatsa ho pholosa Pauluse a sireletsehile eaba oa a thiba morerong oa ’ona. A laela ba khonang ho sesa hore ba itahlele ka leoatleng ’me ba fihle moo ho omileng pele, 44 le ba bang kaofela hore ba etse joalo, ba bang holim ’a mapolanka ’me ba bang holim ’a lintho tse itseng tse tsoang sekepeng. Kahoo bohle ba fihla ba sireletsehile naheng e omileng.+

28 Ha re fihlile moo ho sireletsehileng, joale ra tseba hore sehlekehleke seo se ne se bitsoa Malta.+ 2 Batho ba buang puo esele ba re bontša mosa+ o fetang o tloaelehileng, kaha ba ile ba hotetsa mollo ’me ba re amohela kaofela hamolemo ka lebaka la pula e neng e na le ka lebaka la ho bata.+ 3 Empa ha Pauluse a bokella ngata e itseng ea lithupa ’me a e beha mollong, marabe a tsoa ka lebaka la mocheso eaba o ithatela letsohong la hae. 4 Ha batho ba buang puo esele ba re heli! ’me ba bona sebōpuoa seo se mahloko se leketlile letsohong la hae, ba qala ho buisana ba re: “Ka sebele motho enoa ke ’molai, ’me le hoja a fihlile moo ho sireletsehileng ho tloha leoatleng, toka ea boiphetetso ha ea ka ea mo lumella hore a ’ne a phele.” 5 Leha ho le joalo, a hlohlorela sebōpuoa seo se mahloko mollong ’me a se ke a tsoa kotsi.+ 6 Empa ba ne ba lebeletse hore o tla ruruha ka lebaka la bohloko kapa ka tšohanyetso a otlane fatše a shoe. Ka mor’a hore ba lete nakoana e telele ’me ba se ke ba bona letho le kotsi le mo etsahalla, ba fetola maikutlo ’me ba qala ho re ke molimo.+

7 Joale tikolohong ea sebaka seo monna ea ka sehloohong oa sehlekehleke, ea bitsoang Pabliase, o ne a e-na le masimo; a re bontša kamohelo ea baeti ’me a re thentha hamolemo ka matsatsi a mararo. 8 Empa ntate oa Pabliase o ne a robetse a tšoeroe ke feberu le letšollo, eaba Pauluse oa kena o ea ho eena ’me oa rapela, o beha matsoho+ holim’a hae ’me oa mo folisa.+ 9 Ka mor’a hore sena se etsahale, batho ba bang kaofela ba sehlekehlekeng seo ba neng ba e-na le maloetse le bona ba qala ho tla ho eena le ho phekoloa.+ 10 Ba boela ba re hlompha ka limpho tse ngata ’me, ha re qalisa leeto ka sekepe, ba re phaellela lintho bakeng sa litlhoko tsa rōna.

11 Likhoeli tse tharo hamorao ra qalisa leeto ka sekepe se tsoang Alexandria+ se neng se hlotse mariha sehlekehlekeng seo le se nang le setšoantšo sa “Bara ba Zeuse.” 12 Ha re ema koung ea likepe Syrakuse ra lula matsatsi a mararo, 13 e leng sebaka seo ha re tloha ho sona re ileng ra potoloha ’me ra fihla Regiame. Letsatsi hamorao moea oa boroa oa tsoha ’me ra fihla Puteoli ka letsatsi la bobeli. 14 Mona ra fumana barab’abo rōna ’me ra kōptjoa ka tieo hore re lule le bona matsatsi a supileng; ’me ka tsela ena ra tla nģ’a Roma. 15 Ho tloha moo barab’abo rōna, ha ba utloa litaba tse mabapi le rōna, ba tla ho tla kopana le rōna ho tla fihla ’Marakeng oa Apiase le Matlong a Phapohelo a Baeti a Mararo ’me ha Pauluse a re heli! ’me a ba bona, a leboha Molimo ’me a ba sebete.+ 16 Qetellong, ha re kena Roma, Pauluse a lumelloa+ ho lula a le mong le lesole le mo lebetseng.

17 Leha ho le joalo, matsatsi a mararo hamorao a bokella banna ba ka sehloohong ba Bajuda. Ha ba bokane, a qala ho re ho bona: “Banna, barab’eso, le hoja ke ne ke sa etsa letho le khahlanong le batho kapa litloaelo tsa baholo-holo ba rōna,+ ho ile ha nehelanoa ka ’na matsohong a Baroma ke le motšoaruoa ea tsoang Jerusalema.+ 18 Ka mor’a ho etsa tlhahlobo,+ ba ne ba lakatsa ho ntokolla,+ kaha ho ne ho se lebaka la lefu+ ho ’na. 19 Empa ha Bajuda ba ntse ba bua khahlanong le hona, ka qobelleha ho ipiletsa+ ho Cesare, empa eseng joalokaha eka ke ne ke e-na le letho leo nka qosang sechaba sa heso ka lona. 20 Ha e le hantle ka lebaka lena ke ile ka kōpa ka tieo ho le bona le ho bua le lōna, kaha ka lebaka la tšepo+ ea Iseraele ke thatetsoe ka ketane ena.”+ 21 Ba re ho eena: “Ha rea amohela mangolo a malebana le uena a tsoang Judea, leha e le hore mang kapa mang oa barab’abo rōna ea fihlileng o tlalehile kapa o buile ntho leha e le efe e khopo ka uena. 22 Empa re nahana hore ho loketse ho utloa ho uena hore na menahano ea hao ke efe, etsoe kannete mabapi le lequloana lena+ rea tseba hore hohle ho buuoa hampe ka lona.”+

23 Joale ba lokisetsa ho qeta letsatsi le eena, ’me ba tla ka bongata bo boholo ho eena sebakeng sa hae sa bolulo. Eaba o ba hlalosetsa taba eo ka ho paka ka ho phethahetseng malebana le ’muso oa Molimo+ le ka ho ba susumetsa malebana le Jesu ho tsoa molaong oa Moshe+ hammoho le Baprofeteng,+ ho tloha hoseng ho fihlela ka shoalane. 24 Ba bang ba qala ho lumela+ lintho tse boleloang; ba bang ba ne ba sa lumele.+ 25 Kahoo, kahobane ba ne ba sa lumellane, ba qala ho tloha, ha Pauluse a ntse a bua polelo ena e le ’ngoe:

“Moea o halalelang o ile oa bua ka ho loketseng le baholo-holo ba lōna ka moprofeta Esaia, 26 o re, ‘E-ea ho batho bana ’me u re: “Ka ho utloa, le tla utloa empa ho hang le se ke la utloisisa; ’me, ho talima, le tla talima empa ho hang le se ke la bona.+ 27 Etsoe lipelo tsa batho bana li fetohile tse sa amoheleng letho, ’me ka litsebe tsa bona ba utloile ha se ke ha e-ba le karabelo, ’me ba koetse mahlo a bona; e le hore le ka mohla ba se ke ba bona ka mahlo a bona le ho utloa ka litsebe tsa bona le ho utloisisa ka lipelo tsa bona ’me ba khutle, ’me ke ba folise.”’+ 28 Ka hona le ke le tsebe hore sena, mokhoa oo Molimo a pholosang ka oona, se rometsoe lichabeng;+ ka sebele li tla se mamela.”+ 29 ——

30 Kahoo a lula lilemo tse peli kaofela ntlong+ ea hae e hiriloeng, ’me o ne a amohela ka mosa bohle ba kenang ho tla ho eena, 31 a ba bolella ka ’muso oa Molimo le ho ruta lintho tse malebana le Morena Jesu Kreste ka bolokolohi bo boholo,+ ntle ho tšitiso.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela