Ho Baroma
1 Pauluse, lekhoba+ la Jesu Kreste le ea bitselitsoeng+ ho ba moapostola,+ ea khethetsoeng litaba tse molemo+ tsa Molimo, 2 tseo a ileng a li tšepisa nakong e fetileng ka baprofeta+ ba hae ka Mangolong a halalelang, 3 malebana le Mora oa hae, ea ileng a hlaha peōng ea Davida+ ho ea ka nama,+ 4 empa eo ka matla+ ho ileng ha boleloa hore ke Mor’a+ Molimo ho ea ka moea+ oa khalalelo ka ho tsoha bafung+—e, Jesu Kreste Morena oa rōna, 5 eo ka eena re ileng ra amohela mosa o sa tšoanelang+ le boapostola+ e le hore har’a lichaba+ tsohle ho ka ba le ba mamelang tumelo mabapi le lebitso la hae, 6 e leng lichaba tseo le bitsitsoeng har’a tsona hore le be ba Jesu Kreste— 7 ho bohle ba leng Roma e le baratuoa ba Molimo, ba bitselitsoeng+ ho ba bahalaleli:+
E se eka le ka ba le mosa o sa tšoanelang le khotso+ e tsoang ho Molimo Ntate le Morena Jesu Kreste.+
8 Pele ho tsohle, ke leboha+ Molimo oa ka ka Jesu Kreste malebana le lōna bohle, hobane ho buuoa+ ka tumelo ea lōna ho pholletsa le lefatše lohle. 9 Etsoe Molimo, eo ke mo etsetsang tšebeletso e halalelang ka moea oa ka mabapi le litaba tse molemo tse mabapi le Mora oa hae, ke paki+ ea ka ea kamoo ke le bolelang kamehla lithapelong+ tsa ka ke sa phetse, 10 ke kōpa hore joale haeba ho khoneha qetellong nka atlehisoa thatong+ ea Molimo e le hore ke tle ho lōna. 11 Etsoe ke hlolohetsoe ho le bona,+ e le hore nka le fa mpho+ e ’ngoe ea moea e le hore le tiisoe; 12 kapa, ho e-na le hoo, e le hore ho ka ba le ho khothatsana+ har’a lōna, e mong le e mong ka tumelo+ ea e mong, ea lōna le ea ka.
13 Empa barab’eso,+ ha ke batle hore le hlōlehe ho tseba, hore ka makhetlo a mangata ke ile ka rera ho tla ho lōna,+ empa ke ’nile ka sitisoa ho fihlela joale, e le hore nka fumana litholoana+ tse itseng le har’a lōna esita le joalokaha ho bile joalo har’a lichaba tse ling kaofela. 14 Ke na le molato ho Bagerike le ho Babarebare, ho ba bohlale+ le ho ba se nang kelello: 15 kahoo ke na le tabatabelo ea ho bolela litaba tse molemo+ le ho lōna moo Roma.+ 16 Etsoe ha ke lihlong+ ka litaba tse molemo; ha e le hantle, ke matla a Molimo+ a poloko ho e mong le e mong ea nang le tumelo,+ ho Mojuda pele+ le ho Mogerike;+ 17 kaha ho loka ha Molimo+ ho ntse ho senoloa ho tsona ka lebaka la tumelo+ le mabapi le tumelo, feela joalokaha ho ngoliloe: “Empa ea lokileng—o tla phela ka tumelo.”+
18 Etsoe khalefo+ ea Molimo e ntse e senoloa ho tsoa leholimong khahlanong le ho hloka bomolimo hohle le ho se loke+ hohle ha batho ba hatellang ’nete+ ka tsela+ e sa lokang, 19 hobane se ka tsejoang ka Molimo se bonahala har’a bona,+ kaha Molimo o se bonahalitse ho bona.+ 20 Etsoe litšobotsi tsa hae tse sa bonahaleng+ li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele,+ hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng,+ esita le matla+ le Bomolimo+ ba hae ba ka ho sa feleng, hoo ba se nang boikemelo;+ 21 hobane, le hoja ba tsebile Molimo, ha baa ka ba mo tlotlisa e le Molimo kapa ba mo leboha,+ empa ba ile ba fetoha ba thotofetseng+ menahanong ’me lipelo tsa bona tse seng bohlale tsa fifala.+ 22 Le hoja ba ne ba tiisa hore ba bohlale, e bile maoatla+ 23 ’me ba fetotse khanya+ ea Molimo ea ke keng a bola hore e be ho hong ho joaloka setšoantšo+ sa motho ea ka bolang le sa linonyana le libōpuoa tse maoto a mane le lihahabi.+
24 Ka hona, tumellanong le litakatso tsa lipelo tsa bona, Molimo o ile a ba nehella ho se hloeke,+ e le hore ’mele+ ea bona e ka hlompholleha har’a bona,+ 25 bona ba ileng ba fapanyetsa ’nete+ ea Molimo ka leshano+ ’me ba hlompha pōpo ka borapeli ’me ba e etsetsa tšebeletso e halalelang ho e-na le ho e etsetsa Ea bōpileng, ea bokoang ka ho sa feleng. Amen. 26 Ke ka lebaka leo Molimo a ba neheletseng litakatso+ tsa botona kapa tsa botšehali tse tlotlollang, kaha ba batšehali ba bona ba fetotse tšebeliso ea bona ea tlhaho hore e be e khahlanong le tlhaho;+ 27 ka ho tšoanang le bona ba batona ba tlohetse tšebeliso ea tlhaho ea ba batšehali+ ’me ba fetohile ba chesitsoeng hampe takatsanong ea bona, ba batona le ba batona,+ ba etsa se nyonyehang+ ’me ba amohela ka ho bona puseletso e feletseng,+ e neng e loketse bakeng sa liphoso+ tsa bona.
28 Feela joalokaha ba sa ka ba amohela ho ela Molimo hloko ka tsebo e nepahetseng,+ Molimo o ba neheletse boemo ba kelello+ bo sa amoheleheng, hore ba etse lintho tse sa lokelang,+ 29 joalokaha ba ne ba tletse ho se loke hohle,+ bokhopo+ bohle, ho chacheha ka mohono+ hohle, bobe+ bohle, ba tletse mohono,+ ho bolaea,+ ho qabana,+ ho thetsa,+ boikutlo bo lonya,+ e le bahoeshetsi,+ 30 ba buang ba bang hampe,+ ba hloileng Molimo, ba nyelisang,+ ba ikakasang,+ ba ikhopolang ho tlōla,+ ba qapang lintho tse mpe,+ ba sa mameleng batsoali,+ 31 ba hlokang kutloisiso,+ ba se nang ’nete litumellanong,+ ba se nang lerato la tlhaho,+ ba se nang mohau.+ 32 Le hoja ba tseba ka botlalo molao-taelo o lokileng oa Molimo,+ hore ba tloaetseng ho etsa lintho tse joalo ba tšoaneloa ke lefu,+ ha ba tsoele pele feela ho li etsa empa ba boetse ba lumellana+ le ba tloaetseng ho li etsa.
2 Ka hona, Uena motho,+ ha u na boikemelo, ho sa tsotellehe hore na u mang, haeba u ahlola;+ kaha nthong eo u ahlolang e mong ho eona, ua ikahlola, kaha uena ea ahlolang+ u tloaetse ho etsa lintho tse tšoanang.+ 2 Joale rea tseba hore, tumellanong le ’nete,+ kahlolo ea Molimo e khahlanong le ba tloaetseng ho etsa lintho tse joalo.
3 Empa Uena motho,+ na u na le khopolo ee, ha u ntse u ahlola ba tloaetseng ho etsa lintho tse joalo ’me leha ho le joalo u li etsa, hore u tla phonyoha kahlolo ea Molimo?+ 4 Kapa na u nyelisa maruo a mosa+ le mamello+ le tiisetso+ ea hae, hobane u sa tsebe hore tšobotsi e mosa ea Molimo e leka ho u isa pakong?+ 5 Empa ho ea ka bothata+ ba hao le pelo+ ea hao e sa bakeng u ipolokela khalefo+ ka letsatsi la khalefo+ le la ho senoloa+ ha kahlolo+ e lokileng ea Molimo. 6 O tla buseletsa e mong le e mong ho ea ka mesebetsi+ ea hae: 7 bophelo bo sa feleng ho ba batlang khanya le tlhompho le ho se bole,+ ka mamello mosebetsing o molemo; 8 leha ho le joalo, bakeng sa ba ratang likhang+ le ba sa mameleng ’nete+ empa ba mamela ho se loke ho tla ba le khalefo le bohale,+ 9 matšoenyeho le mahlomola, holim ’a moea oa motho e mong le e mong ea etsang se sebe, oa Mojuda+ pele le oa Mogerike;+ 10 empa khanya le tlhompho le khotso bakeng sa e mong le e mong ea etsang se molemo,+ bakeng sa Mojuda pele+ le bakeng sa Mogerike.+ 11 Etsoe Molimo ha a leeme.+
12 Ka mohlala, bohle ba ileng ba etsa sebe ho se na molao ka ho tšoanang ba tla timela ho se na molao;+ empa bohle ba ileng ba etsa sebe tlas’a molao+ ba tla ahloloa ka molao.+ 13 Etsoe ba utloang molao hase bona ba lokileng ka pel’a Molimo, empa ba phethang+ molao ho tla boleloa hore ba lokile.+ 14 Kaha neng kapa neng ha batho ba lichaba+ ba se nang molao+ ba etsa ka tlhaho lintho tsa molao,+ batho bana, le hoja ba se na molao, ke molao ka bobona. 15 Ke bona ba bontšang hore boitsebiso ba molao bo ngotsoe ka lipelong tsa bona,+ ha matsoalo+ a bona a ntse a ba pakela ’me, menahanong ea bona, ba ntse ba qosoa+ kapa ba bile ba emeloa. 16 Sena se tla etsahala ka letsatsi la ha Molimo ka Kreste Jesu a ahlola+ lintho tsa sephiri+ tsa moloko oa batho,+ ho ea ka litaba tse molemo tseo ke li bolelang.+
17 Joale, haeba u Mojuda ka lebitso+ ’me u itšetlehile ka molao+ ’me u motlotlo ka Molimo,+ 18 ’me u tseba thato+ ea hae ’me u amohela lintho tse fetisang ka bokhabane hobane u rutoa ka molomo ho tsoa Molaong;+ 19 u kholisehile hore u motataisi oa ba foufetseng,+ leseli la ba lefifing,+ 20 molokisi oa ba se nang kahlolo e molemo,+ mosuoe oa bana,+ le ea nang le moralo+ oa tsebo le oa ’nete+ Molaong— 21 leha ho le joalo, na uena ea rutang e mong, ha u ithute?+ Uena ea bolelang hore “U se ke ua utsoa,”+ na ua utsoa?+ 22 Uena ea reng “U se ke ua feba,”+ na ua feba? Uena ea bolelang hore u nyonya litšoantšo tse rapeloang, na u tlatlapa+ tsa litempele? 23 Uena ea motlotlo ka molao, ka ho tlōla ha hao Molao+ na u hlompholla Molimo? 24 Etsoe “lebitso la Molimo le ntse le nyefoloa ka lebaka la lōna har’a lichaba”;+ feela joalokaha ho ngoliloe.
25 Ha e le hantle, lebollo+ le molemo haeba feela u sebelisa molao;+ empa haeba u motlōli oa molao, lebollo+ la hao le fetohile ho se bolle.+ 26 Ka hona, haeba motho ea sa bollang+ a boloka litlhokahalo+ tse lokileng tsa Molao, ho se bolle ha hae ho tla baloa e le lebollo, na ha ho joalo?+ 27 Motho ea sa bollang ea joalo ka tlhaho, ka ho phetha Molao, o tla ahlola uena+ eo ka molao o ngotsoeng le lebollo u leng motlōli oa molao. 28 Kaha Mojuda hase eo e leng eena ka ntle,+ leha e le hore lebollo ke se ka ntle nameng.+ 29 Empa Mojuda ke eo e leng eena ka hare,+ ’me lebollo la hae ke la pelo+ ka moea, eseng ka molao o ngotsoeng.+ Thoriso+ ea eo ha e tsoe ho batho, empa e tsoa ho Molimo.+
3 Joale, bophahamo ba Mojuda+ ke eng, kapa molemo oa lebollo ke ofe?+ 2 Li khōlō haholo ka litsela tsohle. Pele ho tsohle, hobane liphatlalatso tse halalelang tsa Molimo+ li ile tsa behoa tlhokomelong ea bona. 3 Joale, boemo ke bofe? Haeba ba bang ba sa ka ba bontša tumelo,+ na mohlomong ho hloka tumelo ha bona ho tla etsa hore botšepehi+ ba Molimo e be bo se nang katleho?+ 4 Le ka mohla hoo ho se ke ha etsahala! Empa Molimo a ke a fumanoe a e-na le ’nete,+ le hoja motho e mong le e mong a fumanoa a le leshano,+ esita le joalokaha ho ngoliloe: “E le hore u ka pakoa hore u lokile ka mantsoe a hao le hore u ka hlōla ha u ntse u ahloloa.”+ 5 Leha ho le joalo, haeba ho se loke ha rōna ho hlahisetsa ho loka+ ha Molimo pooaneng, re tla re’ng? Molimo ha a hloke toka+ ha a ntša khalefo ea hae, na ha ho joalo? (Ke bua joalokaha ho bua motho.)+ 6 Le ka mohla hoo ho se ke ha etsahala! Ho seng joalo, Molimo o tla ahlola lefatše joang?+
7 Empa leha ho le joalo haeba ka lebaka la leshano la ka ’nete ea Molimo+ e entsoe hore e hlahelle haholo thorisong ea hae, ke hobane’ng ha le ’na ke sa ntse ke ahloloa joaloka moetsalibe?+ 8 Ke hobane’ng ha ho sa thoe, feela joalokaha re qosoa+ ka bohata le feela joalokaha batho ba bang ba bolela hore re re: “A re etseng lintho tse mpe e le hore lintho tse molemo li ka tla”?+ Kahlolo+ khahlanong le batho bao e tumellanong le toka.+
9 Joale ho ka thoe’ng? Na re boemong bo molemo?+ Le hanyenyane! Etsoe ka holimo re entse qoso ea hore Bajuda hammoho le Bagerike kaofela ba tlas’a sebe;+ 10 feela joalokaha ho ngoliloe: “Ha ho motho ea lokileng, esita le ea mong;+ 11 ha ho ea nang le temohisiso, ha ho ea batlang Molimo.+ 12 Batho bohle ba khelohile, kaofela ha bona hammoho ba fetohile ba se nang thuso; ha ho ea etsang mosa, le ea mong feela.”+ 13 “’Metso ea bona ke lebitla le bulehileng, ba sebelisitse thetso ka maleme a bona.”+ “Chefo ea linoha tse nyenyane tse chefo e ka tlas’a melomo ea bona.”+ 14 “Melomo ea bona e tletse thohako le lipolelo tse hlabang.”+ 15 “Maoto a bona a lebelo ho tšolla mali.”+16 “Tšenyo le bosōtō li litseleng+ tsa bona, 17 ’me ha baa tseba tsela ea khotso.”+ 18 “Ha ho tšabo ea Molimo ka pel’a mahlo+ a bona.”
19 Joale rea tseba hore lintho tsohle tseo Molao+ o li bolelang o li bolella ba tlas’a Molao, e le hore molomo o mong le o mong o ka thijoa+ le hore lefatše lohle le ka ba tlas’a+ kotlo+ e tsoang ho Molimo. 20 Ka hona ka mesebetsi ea molao ha ho nama eo ho tla boleloa hore e lokile+ ka pel’a hae, kaha ka molao+ ho na le tsebo e nepahetseng ea sebe.+
21 Empa joale kantle le molao ho loka+ ha Molimo ho bonahalitsoe, joalokaha ho pakeloa+ ke Molao+ le Baprofeta;+ 22 e, ho loka ha Molimo ka tumelo ho Jesu Kreste,+ bakeng sa bohle ba nang le tumelo.+ Etsoe ha ho khethollo.+ 23 Etsoe bohle ba entse sebe+ ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo,+ 24 ’me ho joaloka mpho+ e sa lefelloeng hore ebe ka mosa oa hae o sa tšoanelang+ ho ntse ho boleloa hore ba lokile ka tokollo e tlisitsoeng ke thekollo+ e lefiloeng ke Kreste Jesu. 25 Molimo o ile a mo beha hore e be nyehelo bakeng sa poelano+ ka tumelo maling a hae.+ Hona e ne e le hore a bonahatse ho loka ha hae, hobane a ne a tšoarela libe+ tse etsahetseng nakong e fetileng ha Molimo a ne a bontša mamello;+ 26 e le hore a bonahatse ho loka+ ha hae nakong ena ea hona joale, e le hore e ka ba ea lokileng esita le ha a bolela hore motho ea nang le tumelo ho Jesu o lokile.+
27 Joale, boithoriso bo hokae?+ Bo koaletsoe ka ntle. Ka molao+ ofe? Oa mesebetsi?+ Che ka sebele, empa ka molao oa tumelo.+ 28 Etsoe re lekanya hore ho boleloa hore motho o lokile ka tumelo kantle le mesebetsi ea molao.+ 29 Kapa na ke Molimo oa Bajuda feela?+ Na hase le oa batho ba lichaba?+ E, hape ke oa batho ba lichaba,+ 30 haeba kannete Molimo o mong,+ ea tla bolela hore batho ba bolotseng+ ba lokile ka lebaka la tumelo le hore batho ba sa bollang+ ba lokile ka tumelo ea bona. 31 Joale, na re felisa molao ka ho feletseng ka tumelo+ ea rōna? Le ka mohla hoo ho se ke ha etsahala! Ho fapana le hoo, re tiisa molao.+
4 Ha ho le joalo, re tla re’ng ka Abrahama moholo-holo+ oa rōna ho ea ka nama? 2 Ka mohlala, haeba ho ne ho boletsoe hore Abrahama o lokile ka lebaka la mesebetsi,+ o ne a tla ba le lebaka la ho ithorisa; empa eseng ho Molimo. 3 Etsoe lengolo le re’ng? “Abrahama o ile a bontša tumelo ho Jehova, ’me a ho balloa e le ho loka.”+ 4 Joale motho ea sebetsang+ ha a balloe moputso e le mosa o sa tšoanelang,+ empa o o balloa e le molato.+ 5 Ka lehlakoreng le leng, motho ea sa sebetseng empa a beha tumelo+ ho ea bolelang hore ea se nang bomolimo o lokile, tumelo ea hae e baloa e le ho loka.+ 6 Feela joalokaha Davida le eena a bua ka thabo ea motho eo Molimo a mo ballang ho loka kantle le mesebetsi: 7 “Ho thaba bao liketso tsa bona tse sa eeng ka molao li tšoaretsoeng+ le bao libe tsa bona li koahetsoeng;+ 8 ho thaba motho eo ho hang Jehova a ke keng a ela sebe sa hae hloko.”+
9 Joale, na thabo ee e tlela batho ba bolotseng kapa le bona batho ba sa bollang?+ Etsoe re re: “Abrahama o ile a balloa tumelo ea hae e le ho loka.”+ 10 Joale, ke tlas’a maemo afe e ileng ea baloa? Ha a ne a le lebollong kapa ho se bolleng?+ Eseng lebollong, empa ho se bolleng. 11 O ile a amohela pontšo,+ e leng, lebollo, e le tiiso ea ho loka ka tumelo eo a neng a e-na le eona ha a ntse a le boemong ba hae ba ho se bolle, e le hore e ka ba ntat’a+ bohle ba nang le tumelo+ ha ba ntse ba le ho se bolleng, e le hore ba balloe ho loka; 12 le ntat’a bana ba bolotseng, eseng feela ba khomarelang lebollo, empa le ba tsamaeang ka ho laolehileng mehatong ea tumelo eo ha ba ntse ba le boemong ba ho se bolle eo ntat’a+ rōna Abrahama a neng a e-na le eona.
13 Etsoe e ne e se ka molao Abrahama kapa peō ea hae a ileng a ba le tšepiso+ ea hore e ne e tla ba mojalefa oa lefatše, empa e ne e le ka ho loka ka tumelo.+ 14 Etsoe haeba ba khomarelang molao e le majalefa, tumelo e entsoe e se nang thuso ’me tšepiso e felisitsoe ka ho feletseng.+ 15 Ha e le hantle Molao o hlahisa khalefo,+ empa moo ho se nang molao, ha ho na tlōlo leha e le efe.+
16 Ka lebaka lena e ne e le ka lebaka la tumelo, hore e ka ba ho ea ka mosa o sa tšoanelang,+ e le hore tšepiso+ e tiee peōng+ eohle ea hae, eseng feela ho e khomarelang Molao, empa le ho e khomarelang tumelo ea Abrahama. (Ke ntat’a+ rōna bohle, 17 feela joalokaha ho ngoliloe: “Ke u behile hore u be ntat’a lichaba tse ngata.”)+ Sena se ne se le pontšeng ea Eo a neng a e-na le tumelo ho eena, e leng ea Molimo, ea phelisang+ bafu le ea bitsang lintho tse sieo joalokaha eka li teng.+ 18 Le hoja ho ne ho se na tšepo, empa leha ho le joalo motheong oa tšepo o ile a ba le tumelo,+ e le hore e ka ba ntat’a lichaba+ tse ngata tumellanong le se neng se boletsoe: “Peō ea hao e tla ba joalo.”+ 19 Le hoja a sa ka a fokola tumelong, o ile a nahana ka ’mele oa hae, oo joale o neng o se o shoele,+ kaha o ne a ka ba lilemo li lekholo,+ le ka ho shoa ha pōpelo ea Sara.+ 20 Empa ka lebaka la tšepiso+ ea Molimo ha aa ka a thekesela ka ho hloka tumelo,+ empa a ba matla ka tumelo ea hae,+ a tlotlisa Molimo 21 ’me o ne a kholisehile ka botlalo hore seo a neng a se tšepisitse o ne a boetse a khona ho se etsa.+ 22 Kahoo “o ile a ho balloa e le ho loka.”+
23 Leha ho le joalo, hore “o ile a ho balloa”+ ha hoa ka ha ngoloa ka lebaka la hae feela,+ 24 empa le ka lebaka la rōna ba reretsoeng ho ho balloa, hobane re lumela ho ea ileng a tsosa Jesu Morena oa rōna bafung.+ 25 Ha nehelanoa ka eena ka lebaka la litšito+ tsa rōna ’me a tsosoa ka lebaka la hore ho boleloe hore re lokile.+
5 Ka hona, kaha joale ho boletsoe hore re lokile ka lebaka la tumelo,+ a re thabeleng khotso+ le Molimo ka Morena oa rōna Jesu Kreste, 2 eo ka eena ka tumelo re boetseng re fumaneng katamelo+ ea ho kena moseng ona o sa tšoanelang oo joale re emeng ho oona; ’me a re thabeng, motheong oa tšepo+ ea khanya ea Molimo. 3 Eseng hoo feela, empa a re thabeng ha re ntse re le matšoenyehong,+ kaha rea tseba hore matšoenyeho a hlahisa mamello;+ 4 mamello, eona, e hlahisa boemo bo amohelehang;+ boemo bo amohelehang, bona, bo hlahisa tšepo,+ 5 ’me tšepo ha e soetse;+ hobane lerato la Molimo+ le tšolletsoe ka lipelong+ tsa rōna ka moea o halalelang,+ oo re ileng ra o fuoa.
6 Etsoe, ka sebele, ha re sa ntse re fokola,+ Kreste o ile a shoela batho ba se nang bomolimo ka nako e behiloeng.+ 7 Etsoe ke ka thata mang kapa mang a ka shoelang motho ea lokileng;+ ka sebele, mohlomong motho a ka iteta sefuba ho shoela+ motho ea molemo.+ 8 Empa Molimo o buella lerato+ la hae ho rōna ka hore, ha re sa ntse re le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.+ 9 Ka hona, kaha joale ho boletsoe hore re lokile ka mali a hae,+ re tla pholosoa hakaakang ka eena khalefong.+ 10 Etsoe haeba, ha re ne re le lira,+ re ile ra boelanngoa le Molimo ka lefu la Mora+ oa hae, kaha joale re boelantsoe, re tla pholosoa haholo ka bophelo ba hae.+ 11 Eseng hoo feela, empa hape re thaba ho Molimo ka Morena oa rōna Jesu Kreste, eo ka eena joale re amohetseng poelano.+
12 Ke ka lebaka leo, feela joalokaha sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho+ a le mong le lefu+ la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe+—. 13 Etsoe ho fihlela Molao o fihla sebe se ne se le lefatšeng, empa sebe ha se balloe leha e le mang ha ho se na molao.+ 14 Leha ho le joalo, lefu le ile la busa e le morena ho tloha ho Adama ho fihlela ho Moshe,+ esita le holim ’a ba neng ba sa etsa sebe ho latela tlōlo e tšoanang le e entsoeng ke Adama,+ ea tšoanang le ea neng a tla tla.+
15 Empa ka mpho ha ho joalokaha ho bile ka tšito. Etsoe haeba ka tšito ea motho a le mong ba bangata ba ile ba shoa, mosa o sa tšoanelang oa Molimo le mpho ea hae e sa lefelloeng hammoho le mosa o sa tšoanelang ka motho+ a le mong Jesu Kreste li ile tsa ata haholo ho ba bangata.+ 16 Hape, ka mpho+ e sa lefelloeng ha ho joalokaha ho bile ka tsela eo lintho li ileng tsa sebetsa ka eona ka motho a le mong ea ileng a etsa sebe.+ Kaha ho tsoa tšitong e le ’ngoe kahlolo+ e ile ea fella ka tsuo,+ empa ho tsoa litšitong tse ngata mpho e ile ea fella ka phatlalatso ea ho loka.+ 17 Etsoe haeba ka tšito ea motho+ a le mong lefu le ile la busa e le morena+ ka eo, ba amohelang bongata ba mosa o sa tšoanelang+ le ba mpho+ e sa lefelloeng ea ho loka ba tla busa haholo e le marena+ bophelong ka motho a le mong, Jesu Kreste.+
18 Kahoo, joale, joalokaha ka tšito e le ’ngoe phello ho batho ba mefuta eohle e ile ea e-ba tsuo,+ ka ho tšoanang ka ketso e le ’ngoe ea tokafatso+ phello ho batho ba mefuta+ eohle ke ho bolela hore ba lokile bakeng sa bophelo.+ 19 Etsoe feela joalokaha ka ho se mamele ha motho a le mong ba bangata+ ba ile ba etsoa baetsalibe, ka ho tšoanang ka ho mamela+ ha motho a le mong ba bangata+ ba tla etsoa ba lokileng.+ 20 Joale Molao+ o ile oa kenella e le hore ho sitoa ho ka ata.+ Empa moo sebe+ se ileng sa ata, mosa o sa tšoanelang+ o ile oa ata haholo. 21 Ka phello efe? Ea hore, feela joalokaha sebe se ile sa busa e le morena le lefu,+ ka ho tšoanang le mosa o sa tšoanelang+ o ka busa e le morena ka ho loka ka tebello ea bophelo bo sa feleng+ ka Jesu Kreste Morena oa rōna.
6 Ka lebaka leo, re tla re’ng? Na re tla tsoela pele sebeng, e le hore mosa o sa tšoanelang o ka ata?+ 2 Le ka mohla hoo ho se ke ha etsahala! Kaha re ile ra shoa mabapi le sebe,+ ke joang re ka ’nang ra phela ho sona?+ 3 Kapa ha le tsebe hore kaofela ha rōna ba ileng ba kolobetsoa ho kena ho Kreste Jesu+ re ile ra kolobetsoa ho kena lefung la hae?+ 4 Ka hona re ile ra patoa+ le eena ka kolobetso ea rōna ho kena lefung la hae, e le hore, feela joalokaha Kreste a ile a tsosoa bafung ka khanya ea Ntate,+ le rōna ka ho tšoanang re ka tsamaea boemong bo bocha ba bophelo.+ 5 Etsoe haeba re kopantsoe le eena lefung le tšoanang le la hae,+ ka sebele re tla boela re kopanngoe le eena tsohong e tšoanang le ea hae;+ 6 hobane rea tseba hore botho ba rōna ba khale bo ile ba khokhotheloa thupeng le eena,+ e le hore ’mele ea rōna e nang le sebe e ka etsoa e sa sebetseng,+ e le hore re se ke ra hlola re tsoela pele ho ba makhoba a sebe.+ 7 Etsoe ea shoeleng o hlakotsoe molato oa sebe sa hae.+
8 Ho feta moo, haeba re shoele le Kreste, re lumela hore re tla boela re phele le eena.+ 9 Etsoe rea tseba hore Kreste, kaha joale o tsositsoe bafung,+ ha a sa hlola a shoa;+ lefu ha le sa mo laola. 10 Kaha lefu leo a ileng a le shoa, o ile a le shoa mabapi le sebe hang le ka ho ke keng ha phetoa;+ empa bophelo boo a bo phelang, o bo phela mabapi le Molimo.+ 11 Ka ho tšoanang le lōna: itekanyeng le le ba shoeleng+ mabapi le sebe empa le le ba phelang+ mabapi le Molimo ka Kreste Jesu.
12 Ka hona le se ke la tlohela sebe hore se tsoele pele se busa e le morena+ ’meleng ea lōna e shoang e le hore le ka mamela litakatso tsa eona.+ 13 Kapa la tsoela pele le hlahisa litho tsa lōna ho sebe+ e le lihlomo tsa ho se loke,+ empa le itlhahise ho Molimo le le ba phelang+ ho tsoa bafung, ’me le hlahise litho tsa lōna ho Molimo e le lihlomo+ tsa ho loka. 14 Etsoe sebe se ke ke sa le laola, kaha ha le tlas’a molao+ empa le tlas’a mosa o sa tšoanelang.+
15 Ke eng se latelang? Na re tla etsa sebe hobane ha re tlas’a molao+ empa re tlas’a mosa o sa tšoanelang?+ Le ka mohla hoo ho se ke ha etsahala! 16 Na ha le tsebe hore haeba le tsoela pele ho itlhahisa ho mang kapa mang le le makhoba ho mo mamela, le makhoba a hae hobane lea mo mamela,+ ebang ke a sebe+ ka tebello+ ea lefu kapa a ho mamela+ ka tebello ea ho loka?+ 17 Empa ho lebohuoe Molimo hore le ne le le makhoba a sebe empa ho tloha pelong le ile la mamela thuto ea mofuta oo eo ho ileng ha nehelanoa ka lōna ho eona.+ 18 E, kaha le ile la lokolloa+ sebeng, le ile la ba makhoba+ a ho loka.+ 19 Ke bua ka mantsoe a batho ka lebaka la bofokoli ba nama ea lōna:+ etsoe esita le joalokaha le ile la hlahisa litho+ tsa lōna e le makhoba a ho se hloeke+ le a tlōlo ea molao ka tebello ea tlōlo ea molao, kahoo joale le hlahise litho tsa lōna e le makhoba a ho loka ka tebello ea khalalelo.+ 20 Etsoe ha le ne le le makhoba a sebe,+ le ne le lokolohile mabapi le ho loka.
21 Joale, litholoana+ tseo le neng le e-ba le tsona ka nako eo e ne e le life? Ke lintho+ tseo joale le leng lihlong ka tsona. Etsoe pheletso ea lintho tseo ke lefu.+ 22 Joale, leha ho le joalo, kahobane le ile la lokolloa sebeng empa la fetoha makhoba ho Molimo,+ le fumana litholoana+ tsa lōna ka tsela ea khalalelo, ’me pheletso ke bophelo bo sa feleng.+ 23 Etsoe moputso oo sebe se o lefang ke lefu,+ empa mpho+ eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng+ ka Kreste Jesu Morena+ oa rōna.
7 Na mohlomong ha le tsebe, barab’eso, (etsoe ke bua le ba tsebang molao,) hore Molao o laola motho hafeela a sa phela?+ 2 Ka mohlala, mosali ea nyetsoeng o tlameletsoe ke molao ho monna oa hae ha a sa ntse a phela; empa haeba monna oa hae a shoa, o lokolotsoe molaong oa monna oa hae.+ 3 Kahoo, joale, ha monna oa hae a sa ntse a phela, o ne a tla bitsoa mosali oa mofebi haeba e ne e ka ba oa monna+ e mong. Empa haeba monna oa hae a shoa, o lokolohile molaong oa hae, e leng hore hase mosali oa mofebi haeba e e-ba oa monna e mong.+
4 Kahoo, barab’eso, le lōna le ile la etsoa ba shoeleng mabapi le Molao+ ka ’mele oa Kreste, e le hore le ka ba ba e mong,+ ba ea ileng a tsosoa bafung,+ e le hore re behele Molimo litholoana.+ 5 Etsoe ha re ne re le tumellanong le nama,+ litakatso tsa boetsalibe tse neng li tsosoa ke Molao li ne li sebetsa lithong tsa rōna e le hore re ka hlahisa litholoana tse isang lefung.+ 6 Empa joale re lokolotsoe Molaong,+ hobane re shoele+ ho se neng se ntse se re tšoere ka tieo, e le hore re ka ba makhoba+ ka kutloisiso e ncha ka moea,+ eseng ka kutloisiso ea khale ka molao o ngotsoeng.+
7 Joale, re tla re’ng? Na Molao ke sebe?+ Le ka mohla hoo ho se ke ha e-ba joalo! Ka sebele nka be ke sa tseba sebe+ hoja e ne e se ka lebaka la Molao; ka mohlala, nka be ke sa tseba ho chacheha ka mohono+ hoja Molao o ne o sa ka oa re: “U se ke ua chacheha ka mohono.”+ 8 Empa sebe, ka ho amohela tlhohlelletso ka taelo,+ se ile sa hlahisa ho ’na ho chacheha ka mohono ha mofuta o mong le o mong, kaha kantle le molao sebe se ne se shoele.+ 9 Ha e le hantle, nkile ka phela kantle le molao;+ empa ha taelo e fihla,+ sebe se ile sa boela sa phela, empa ’na ka shoa.+ 10 Taelo e neng e isa bophelong,+ ke ile ka fumana hore e isa lefung.+ 11 Etsoe ka ho hlohlelletsoa ke taelo, sebe se ile sa nkeka+ ’me sa mpolaea ka eona. 12 Ka lebaka leo, Molao oa halalela,+ le taelo ea halalela ’me e lokile+ ’me e molemo.+
13 Joale, na se molemo se ile sa fetoha lefu ho ’na? Le ka mohla hoo ho se ke ha etsahala! Empa sebe se ile sa ho etsa, e le hore se ka bonahatsoa e le sebe se ntlhahisetsang lefu ka se molemo;+ e le hore sebe se ka ba seholo ka ho fetisisa ka taelo.+ 14 Etsoe rea tseba hore Molao ke oa moea;+ empa ’na ke oa nama, ke rekisitsoe tlas’a sebe.+ 15 Etsoe seo ke se hlahisang ha ke se tsebe. Kaha seo ke se lakatsang, ha kea tloaela ho se etsa; empa seo ke se hloileng ke sona seo ke se etsang. 16 Leha ho le joalo, haeba seo ke sa se lakatseng ke sona seo ke se etsang,+ kea lumela hore Molao o motle.+ 17 Empa joale ea se hlahisang ha e sa le ’na, empa ke sebe se lulang ho ’na.+ 18 Etsoe kea tseba hore ho ’na, ke hore, nameng ea ka, ha ho lule letho le molemo;+ kaha matla a ho lakatsa+ a teng ho ’na, empa matla a ho hlahisa+ se setle ha a eo. 19 Etsoe molemo oo ke o lakatsang ha ke o etse,+ empa bobe boo ke sa bo lakatseng ke bona boo ke tloaetseng ho bo etsa. 20 Joale, haeba seo ke sa se lakatseng ke sona seo ke se etsang, ea se hlahisang ha e sa le ’na, empa ke sebe se lutseng ho ’na.+
21 Joale, ke fumana molao ona tabeng ea ka: hore ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng,+ se sebe se teng ho ’na.+ 22 Ka sebele ke thabela+ molao oa Molimo ho ea ka motho+ eo ke leng eena ka hare, 23 empa lithong+ tsa ka ke bona molao o mong o loanang+ khahlanong le molao oa kelello+ ea ka le o nkisang ke holehiloe molaong+ oa sebe o lithong tsa ka. 24 Ke monna ea sōtō hakaakang! Ke mang ea tla mpholosa ’meleng ona o fetang lefung lee?+ 25 Ho lebohuoe Molimo ka Jesu Kreste Morena+ oa rōna! Kahoo, joale, ke lekhoba la molao oa Molimo ka kelello ea ka,+ empa ke lekhoba la molao oa sebe ka nama ea ka.+
8 Ka hona ba leng bonngoeng le Kreste Jesu ha ba tsuoe.+ 2 Etsoe molao+ oa moea+ oo o fanang ka bophelo+ bonngoeng le Kreste Jesu o u lokolotse+ molaong oa sebe le oa lefu.+ 3 Etsoe, ka lebaka la ho hlōleha ha Molao,+ ha o ntse o fokola+ ka nama, Molimo, ka ho romela Mora+ oa hae a le sebōpehong sa nama+ e nang le sebe le malebana le sebe,+ o ile a ahlola sebe nameng, 4 e le hore tlhokahalo e lokileng ea Molao e ka phethahala+ ho rōna ba tsamaeang, eseng tumellanong le nama, empa tumellanong le moea.+ 5 Kaha ba tumellanong le nama ba beha likelello tsa bona linthong tsa nama,+ empa ba tumellanong le moea ba li beha linthong tsa moea.+ 6 Etsoe ho beha kelello nameng ho bolela lefu,+ empa ho beha kelello moeeng+ ho bolela bophelo le khotso; 7 hobane ho beha kelello nameng ho bolela bora+ ho Molimo, etsoe ha e tlas’a+ molao oa Molimo, leha e le hore, ha e le hantle, e ka ba tlas’a oona. 8 Kahoo ba tumellanong le nama+ ba ke ke ba khahlisa Molimo.
9 Leha ho le joalo, ha le tumellanong le nama, empa le tumellanong le moea,+ haeba kannete moea oa Molimo o lula ho lōna.+ Empa haeba mang kapa mang a se na moea+ oa Kreste, enoa hase oa hae. 10 Empa haeba Kreste a le bonngoeng le lōna,+ ka sebele ’mele o shoele ka lebaka la sebe, empa moea ke bophelo+ ka lebaka la ho loka. 11 Joale, haeba moea oa ea ileng a tsosa Jesu bafung o lula ho lōna, ea ileng a tsosa Kreste Jesu bafung+ o tla boela a phelise+ ’mele ea lōna e shoang ka moea oa hae o lulang ho lōna.
12 Kahoo, joale, barab’eso, ha rea tlameha mabapi le nama hore re phele tumellanong le nama;+ 13 etsoe haeba le phela tumellanong le nama ka sebele le tla shoa;+ empa haeba le bolaea+ litloaelo tsa ’mele ka moea, le tla phela. 14 Etsoe bohle ba tataisoang ke moea oa Molimo, bana ke bara+ ba Molimo. 15 Etsoe ha lea ka la amohela moea oa bokhoba o bakang tšabo+ hape, empa le ile la amohela moea+ oa ho nkeloa ka lapeng+ le le bara, e leng moea oo ka oona re hoeletsang: “Abba,+ Ntate!” 16 Moea+ o paka+ le moea+ oa rōna hore re bana+ ba Molimo. 17 Joale, haeba re bana, re boetse re majalefa: ka sebele re majalefa a Molimo, empa majalefa+ hammoho le Kreste, hafeela re utloa bohloko+ hammoho e le hore re ka boela ra tlotlisoa hammoho.+
18 Ka lebaka leo ke lekanya hore litlhokofatso+ tsa nako ea hona joale hase letho ha li bapisoa le khanya+ e tlang ho senoloa ho rōna.19 Etsoe tebello e nang le tabatabelo+ ea pōpo+ e letetse ho senoloa ha bara ba Molimo.+ 20 Kaha pōpo e ile ea behoa tlas’a lefeela,+ eseng ka thato ea eona empa ka ea ileng a e beha tlaase, ka tšepo+ 21 ea hore pōpo+ le eona e tla lokolloa+ bokhobeng ba ho bola ’me e be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo. 22 Etsoe rea tseba hore pōpo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho ho fihlela joale. 23 Eseng hoo feela, empa le rōna ba nang le litholoana tsa pele,+ e leng, moea, e, re bobola+ ka hare ho rōna, ha re ntse re letetse ka tieo ho nkeloa ka lapeng re le bara,+ tokollo ’meleng ea rōna ka thekollo. 24 Etsoe re ile ra pholosoa ka tšepo+ ena; empa tšepo e bonoang hase tšepo, etsoe ha motho a bona ntho, na o ba le tšepo bakeng sa eona? 25 Empa haeba re e-ba le tšepo+ bakeng sa seo re sa se boneng,+ re tsoela pele ho se letela ka mamello.+
26 Ka mokhoa o tšoanang moea+ le oona o kopanela ka thuso bakeng sa bofokoli+ ba rōna; etsoe ha re tsebe bothata ba seo re lokelang ho se rapella joalokaha ho hlokahala hore re rapele,+ empa moea+ o re kōpela ka tieo ka lipōbōli tse sa buuoeng. 27 Empa leha ho le joalo ea phenyang lipelo+ oa tseba hore na sepheo sa moea+ ke sefe, hobane oona o kōpa ka tieo tumellanong le Molimo bakeng sa bahalaleli.+
28 Joale rea tseba hore Molimo o etsa hore mesebetsi+ ea hae eohle e sebelisane hammoho molemong oa ba ratang Molimo, ba bitsitsoeng ho ea ka morero oa hae;+ 29 hobane bao a ileng a ba neha tlhokomelo+ ea hae ea pele o ile a boela a ba khetha esale pele+ hore ba etsoe ka ho tšoana+ le setšoantšo+ sa Mora oa hae, e le hore e ka ba letsibolo+ har’a barab’abo+ ba bangata. 30 Ho feta moo, bao a ileng a ba khetha esale pele+ ke bona bao hape a ileng a ba bitsa;+ bao a ileng a ba bitsa ke bona bao hape a ileng a bolela hore ba lokile.+ Qetellong bao a ileng a bolela hore ba lokile ke bona bao hape a ileng a ba tlotlisa.+
31 Joale, re tla re’ng linthong tsee? Haeba Molimo a eme le rōna, ke mang ea tla ba khahlanong le rōna?+ 32 Eena ea sa kang a qenehela esita le Mora+ oa hae empa a nehelana ka eena bakeng sa rōna bohle,+ hape ke hobane’ng ha a ke ke a re fa lintho+ tse ling kaofela ka mosa hammoho le eena? 33 Ke mang ea tla qosa bakhethoa+ ba Molimo? Molimo ke Eena ea bolelang hore ba lokile.+ 34 Ke mang ea tla ahlola? Kreste Jesu ke eena ea ileng a shoa, e, ha e le hantle ke eena ea ileng a tsosoa bafung, ea ka letsohong le letona+ la Molimo, eo hape a re kōpelang ka tieo.+
35 Ke mang ea tla re arohanya le lerato la Kreste?+ Na e tla ba matšoenyeho kapa mahlomola kapa mahloriso kapa tlala kapa tlhobolo kapa kotsi kapa sabole?+ 36 Feela joalokaha ho ngoliloe: “Ka lebaka la hao re ntse re bolaoa letsatsi lohle, re lekantsoe re le linku tsa ho hlajoa.”+ 37 Ho fapana le hoo, linthong tsena tsohle re hlaha re hlōtse+ ka ho feletseng ka ea ileng a re rata. 38 Etsoe ke kholisehile hore leha e le lefu kapa bophelo+ kapa mangeloi+ kapa mebuso+ kapa lintho tse teng hona joale kapa lintho tse tlang ho tla kapa matla+ 39 kapa bophahamo kapa botebo kapa pōpo leha e le efe e ’ngoe li ke ke tsa khona ho re arohanya le lerato la Molimo le leng ho Kreste Jesu Morena oa rōna.+
9 Ke bolela ’nete+ mabapi le Kreste; ha ke bue leshano,+ kaha letsoalo la ka lea mpakela ka moea o halalelang, 2 hore ke na le mesarelo e meholo le bohloko bo sa khaotseng ka pelong ea ka.+ 3 Etsoe ke ne nka lakatsa hore ebe ke ile ka khethoa ke le ea rohakiloeng ho Kreste molemong oa barab’eso,+ beng ka ’na ho ea ka nama,+ 4 bao, e leng Baiseraele,+ bao ho nkeloa ka lapeng e le bara+ le khanya+ le lilekane+ le ho fanoa ha Molao+ le tšebeletso e halalelang+ le litšepiso+ e leng tsa bona; 5 bao baholo-holo+ e leng ba bona le bao Kreste a ileng a hlaha ho bona ho ea ka nama:+ Molimo,+ ea holim ’a tsohle, a bokoe ka ho sa feleng. Amen.
6 Leha ho le joalo, ha ho joalokaha eka lentsoe la Molimo le ne le hlōlehile.+ Etsoe hase bohle ba hlahang ho Iseraele bao ka sebele e leng “Baiseraele.”+ 7 Kapa hore kahobane e le peō ea Abrahama kaofela ke bana,+ empa: “Se tla bitsoa ‘peō ea hao’ se tla ba teng ka Isaka.”+ 8 Ke hore, bana nameng+ ha e hlile hase bana ba Molimo,+ empa bana ka tšepiso+ ba baloa e le peō. 9 Etsoe lentsoe la tšepiso le ile la e-ba ka tsela e latelang: “Ke tla tla ka nako ena ’me Sara o tla ba le mora.”+ 10 Empa leha ho le joalo eseng taba eo feela, empa le ha Rebeka a emola mafahla+ ka monna a le mong, moholo-holo oa rōna Isaka: 11 etsoe ha ba ne ba e-s’o tsoaloe leha e le ho tloaela ho etsa ntho leha e le efe e molemo kapa e mpe,+ e le hore morero oa Molimo mabapi le ho khetha o ka tsoela pele o itšetlehile ka Ea bitsang, eseng ka mesebetsi,+ 12 ho itsoe ho eena: “E moholo e tla ba lekhoba la e monyenyane.”+ 13 Feela joalokaha ho ngoliloe: “Ke ratile Jakobo, empa ke hloile Esau.”+
14 Joale, re tla re’ng? Na ho hloka toka ho teng ho Molimo?+ Le ka mohla hoo ho se ke ha e-ba joalo! 15 Etsoe o re ho Moshe: “Ke tla hauhela mang kapa mang eo ke mo hauhelang, ’me ke tla bontša qenehelo ho mang kapa mang eo ke bontšang qenehelo ho eena.”+ 16 Kahoo, joale, ha hoa itšetleha ka ea lakatsang kapa ea mathang, empa ho itšetlehile ka Molimo,+ ea nang le mohau.+ 17 Etsoe Lengolo le re ho Faro: “Ke u tloheletse hore u ’ne u be teng ka lebaka lona lena, e le hore mabapi le uena nka bontša matla a ka, le hore lebitso la ka le ka boleloa lefatšeng lohle.”+ 18 Kahoo, joale, eo a lakatsang ho mo hauhela oa mo hauhela,+ empa eo a lakatsang ho mo tlohela o mo tlohela hore a be manganga.+
19 Ka hona u tla re ho ’na: “Ke hobane’ng ha a sa ntse a fumana molato? Etsoe ke mang ea emeng khahlanong le thato+ e boletsoeng ka ho hlakileng ea hae?” 20 Joale, uena motho,+ ha e le hantle u mang hore ebe u arabisa Molimo?+ Na ka sebele ntho e bōpiloeng e tla re ho ea e bōpileng, “Ke hobane’ng ha u ile ua nketsa ka tsela+ ee?” 21 Eng? Na sebōpi+ ha se na matla holim ’a letsopa ho etsa ka khoabi e tšoanang sejana se seng bakeng sa tšebeliso e hlomphehang, se seng bakeng sa tšebeliso e sa hlompheheng?+ 22 Joale, haeba Molimo, le hoja a e-na le takatso ea ho bontša khalefo ea hae le ho tsebahatsa matla a hae, a mameletse ka tiisetso e khōlō lijana tsa khalefo tse entsoeng hore li lokele timetso,+ 23 e le hore a ka tsebahatsa maruo+ a khanya ea hae lijaneng+ tsa mohau, tseo a ileng a li lokisa esale pele bakeng sa khanya,+ 24 e leng, rōna, bao a ileng a ba bitsa eseng feela har’a Bajuda empa le har’a lichaba,+ joale phoso e hokae? 25 Ho joalokaha a boetse a re ho Hosea: “Bao e seng sechaba+ sa ka ke tla ba bitsa ‘sechaba sa ka,’ ’me mosali ea neng a sa ratoe, ke tla mo bitsa ‘ea ratoang’;+ 26 ’me sebakeng seo ho sona ho ileng ha thoe ho bona, ‘Ha le sechaba sa ka,’ moo ba tla bitsoa ‘bara ba Molimo ea phelang.’”+
27 Ho feta moo, Esaia oa hoeletsa malebana le Iseraele: “Le hoja palo ea bara ba Iseraele e ka ba kaalo ka lehlabathe la leoatle,+ ke masala a tla pholosoa.+ 28 Kaha Jehova o tla ahlola litaba lefatšeng, a li phethe ’me a li khutsufatse.”+ 29 Hape, feela joalokaha Esaia a ne a boletse nakong e fetileng: “Hoja Jehova oa mabotho+ a ne a sa siea peō ho rōna, re ka be re bile feela joaloka Sodoma, ’me re ka be re entsoe feela joaloka Gomora.”+
30 Joale, re tla re’ng? Hore batho ba lichaba, le hoja ba sa phehelle ho loka, ba ile ba fumana ho loka,+ ho loka ho hlahisoang ke tumelo;+ 31 empa Baiseraele, le hoja ba phehella molao oa ho loka, ha baa ka ba fihlela molao.+ 32 Ka lebaka lefe? Hobane ha baa ka ba o phehella ka tumelo, empa joalokaha eka ke ka mesebetsi.+ Ba ile ba khoptjoa ke “lejoe le khopang”;+ 33 joalokaha ho ngoliloe: “Bonang! Ke beha lejoe+ le khopang le lefika la tšitiso+ Sione, empa ea behang tumelo ea hae ho lona a ke ke a soetseha.”+
10 Ka sebele, barab’eso, khahleho ea pelo ea ka le thapeli ea ka ho Molimo bakeng sa bona e bakeng sa poloko ea bona.+ 2 Etsoe kea ba pakela hore ba chesehela+ Molimo; empa eseng ho ea ka tsebo e nepahetseng;+ 3 etsoe, ka lebaka la ho se tsebe ho loka ha Molimo+ empa ba batla ho tiisa ha bona,+ ha baa ka ba ipeha tlas’a ho loka ha Molimo.+ 4 Etsoe Kreste ke pheletso ea Molao,+ e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo a ka ba le ho loka.+
5 Etsoe Moshe o ngola hore motho ea entseng ho loka ha Molao o tla phela ka hona.+ 6 Empa ho loka ho hlahisoang ke tumelo ho bua ka mokhoa ona: “U se ke ua re ka pelong+ ea hao, ‘Ke mang ea tla nyolohela leholimong?’+ ke hore, ho theola Kreste;+ 7 kapa, ‘Ke mang ea tla theohela ka mohohlong?’+ ke hore, ho nyolla Kreste bafung.”+ 8 Empa le re’ng? “Lentsoe le haufi le uena, le molomong oa hao ’me le ka pelong ea hao”;+ ke hore, “lentsoe”+ la tumelo, leo re le bolelang.+ 9 Etsoe haeba u bolela phatlalatsa ‘lentsoe leo le molomong oa hao,’+ hore Jesu ke Morena,+ ’me u bontša tumelo ka pelong ea hao hore Molimo o ile a mo tsosa bafung,+ u tla pholoha.+ 10 Kaha ka pelo+ motho o bontša tumelo bakeng sa ho loka, empa ka molomo motho o bolela phatlalatsa+ hore a bolokehe.
11 Etsoe Lengolo le re: “Ha ho le ea mong ea behang+ tumelo ea hae ho eena ea tla soetseha.”+ 12 Etsoe ha ho khethollo pakeng tsa Mojuda le Mogerike,+ kaha ho na le Morena ea tšoanang holim ’a bohle, ea ruileng+ ho bohle ba ipiletsang ho eena. 13 Etsoe “e mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.”+ 14 Leha ho le joalo, ba tla ipiletsa joang ho eo ba sa behang tumelo+ ho eena? Hape, ba tla beha tumelo joang ho eo ba e-s’o utloele ka eena? Hape, ba tla utloa joang ha ho se ea bolelang?+ 15 Hape, ba tla bolela joang ntle leha ba romiloe?+ Feela joalokaha ho ngoliloe: “A khahleha hakaakang maoto a ba bolelang litaba tse molemo tsa lintho tse molemo!”+
16 Leha ho le joalo, hase bona bohle ba ileng ba mamela litaba tse molemo.+ Etsoe Esaia o re: “Jehova, ke mang ea behileng tumelo nthong e utloiloeng ho rōna?”+ 17 Kahoo tumelo e latela ntho e utloiloeng.+ Ntho e utloiloeng le eona e teng ka lentsoe le mabapi le Kreste.+ 18 Leha ho le joalo kea botsa, Ha baa ka ba hlōleha ho utloa, na ha ho joalo? Ha e le hantle, “molumo oa bona o ile oa kena+ lefatšeng lohle, le lipolelo+ tsa bona ho isa lipheletsong tsa lefatše leo ho ahiloeng ho lona.” 19 Leha ho le joalo kea botsa, Baiseraele ha baa ka ba hlōleha ho tseba, na ha ho joalo?+ Pele Moshe o re: “Ke tla le susumelletsa poulelong ka seo e seng sechaba; ke tla le susumelletsa bohaleng bo mabifi ka sechaba se hlokang kelello.”+ 20 Empa Esaia o ba sebete haholo ’me o re: “Ke ile ka fumanoa ke ba neng ba sa mpatle;+ ke ile ka bonahala ho ba neng ba sa kōpe ho mpona.”+ 21 Empa mabapi le Baiseraele o re: “Letsatsi lohle ke otlolletse matsoho a ka ho sechaba se sa mameleng+ le se arabisang.”+
11 Joale, kea botsa, Molimo ha aa ka a lahla batho ba hae, na ha ho joalo?+ Le ka mohla hoo ho se ke ha etsahala! Etsoe le ’na ke Moiseraele,+ oa peō ea Abrahama, oa moloko oa Benjamine.+ 2 Molimo ha aa ka a lahla batho ba hae, bao a ileng a ba tseba pele.+ Ka sebele, na ha le tsebe seo Lengolo le se bolelang mabapi le Elia, ha a kōpa ka tieo ho Molimo khahlanong le Baiseraele?+ 3 “Jehova, ba bolaile baprofeta ba hao, ba epolotse lialetare tsa hao, ’me ke setse ke le mong, ’me ba batla moea+ oa ka.” 4 Empa leha ho le joalo, phatlalatso+ ea bomolimo e re’ng ho eena? “Ke itšietse banna ba likete tse supileng, banna ba sa kang ba khumamela Baale.”+ 5 Ka hona, ka tsela ena, nakong ea hona joale le masala+ a hlahile ho ea ka khetho+ ka lebaka la mosa o sa tšoanelang. 6 Joale haeba ke ka mosa o sa tšoanelang,+ ha e sa le ka lebaka la mesebetsi;+ ho seng joalo, mosa o sa tšoanelang ha e sa ba mosa o sa tšoanelang.+
7 Joale, ho thoe’ng? Ntho eo Baiseraele ba e batlang ka tieo ha baa ka ba e fumana,+ empa ba khethiloeng+ ba ile ba e fumana. Ba bang bohle maikutlo a bona a ile a thethefatsoa;+ 8 feela joalokaha ho ngoliloe: “Molimo o ba file moea oa boroko bo tebileng,+ mahlo e le hore ba se ke ba bona le litsebe e le hore ba se ke ba utloa, ho fihlela letsatsing+ lona lena.” 9 Hape, Davida o re: “Tafole ea bona e ke e be leraba le sefi le khopiso le tefetso+ bakeng sa bona; 10 mahlo a bona a ke a fifale e le hore a se ke a bona, ’me kamehla ba inamise mekokotlo ea bona.”+
11 Ka hona kea botsa, Na ba ile ba khoptjoa hoo ba ileng ba oa+ ka ho feletseng? Le ka mohla hoo ho se ke ha etsahala! Empa ka mohato oa bona o fosahetseng+ ho ba le poloko ho batho ba lichaba,+ ho ba susumelletsa poulelong.+ 12 Joale haeba mohato oa bona o fosahetseng o bolela maruo ho lefatše, ’me ho fokotseha ha bona ho bolela maruo ho batho ba lichaba,+ palo e feletseng+ ea bona e tla a bolela hakaakang!
13 Joale ke bua le lōna batho ba lichaba. Hobane joalokaha ’na, ha e le hantle, ke le moapostola+ ho lichaba,+ ke tlotlisa+ bosebeletsi ba ka,+ 14 haeba ka sebele nka susumelletsa bao e leng nama ea ka poulelong ’me ka pholosa+ ba bang har’a bona.+ 15 Etsoe haeba ho lahloa+ ha bona ho bolela poelano+ bakeng sa lefatše, ho amoheloa ha bona ho tla bolela eng haese bophelo ho tsoa bafung? 16 Ho feta moo, haeba karolo e nkoang e le litholoana tsa pele+ e halalela, hlama le eona ea halalela; ’me haeba motso oa halalela,+ makala le ’ona aa halalela.
17 Leha ho le joalo, haeba a mang a makala a ile a khethuloa empa uena, le hoja u le mohloaare oa naheng, u ile ua hlomathiseletsoa har’a ’ona+ ’me ua ba le karolo motsong oa mohloaare+ oa monono,+ 18 u se ke ua thaba ka lebaka la makala. Leha ho le joalo, haeba u thaba ka lebaka la ’ona,+ hase uena ea jereng motso,+ empa motso o u jere.+ 19 Joale, u tla re: “Makala a ile a khethuloa+ e le hore nka hlomathiseletsoa.”+ 20 Ke ’nete! Ka lebaka la ho hloka tumelo+ ha ’ona a ile a khethuloa, empa u eme ka tumelo.+ Khaotsa ho ba le likhopolo tsa boiphahamiso,+ empa u be tšabong.+ 21 Etsoe haeba Molimo a sa ka a qenehela makala a tlhaho, le uena a ke ke a u qenehela.+ 22 Ka hona, bona mosa+ le ho tiea ha Molimo.+ Ho ba ileng ba oa ho na le ho tiea,+ empa ho uena ho na le mosa oa Molimo, hafeela u lula+ moseng oa hae; ho seng joalo, le uena u tla khethuloa.+ 23 Le bona, haeba ba sa lule ho hlokeng tumelo ha bona, ba tla hlomathiseletsoa;+ etsoe Molimo o khona ho ba hlomathiseletsa hape. 24 Etsoe haeba u ile ua pongoa sefateng sa mohloaare seo e leng sa naheng ka tlhaho ’me ua hlomathiseletsoa+ sefateng sa mohloaare sa serapeng khahlanong le tlhaho, ho e-na le hoo bana bao e leng ba tlhaho ba tla hlomathiseletsoa sefateng sa bona sa mohloaare haholo hakaakang!+
25 Etsoe ha ke batle hore lōna, barab’eso, le hloke tsebo ea sephiri sena se halalelang,+ e le hore le se ke la ba masene mahlong a lōna: hore ho thotofala ha maikutlo+ ho etsahaletse karolo e itseng ea Baiseraele ho fihlela palo e feletseng+ ea batho ba lichaba e kene,+ 26 ’me ka mokhoa ona Baiseraele+ bohle ba tla pholosoa. Feela joalokaha ho ngoliloe: “Molopolli o tla tsoa Sione+ ’me a tlose litloaelo tse se nang bomolimo ho Jakobo.+ 27 Sena ke selekane sa ka le bona,+ ha ke tlosa libe tsa bona.”+ 28 Ke ’nete, mabapi le litaba tse molemo ke lira ka lebaka la lōna,+ empa mabapi le ho khetha [ha Molimo] ke ba ratoang ka lebaka la baholo-holo ba bona.+ 29 Etsoe limpho le pitso ea Molimo hase lintho tseo a tla li soabela.+ 30 Etsoe feela joalokaha le kile la ba ba sa mameleng+ Molimo empa joale le bontšitsoe mohau+ ka lebaka la ho se mamele+ ha bona, 31 kahoo le bona joale e bile ba sa mameleng ’me phello ho lōna+ ea e-ba mohau, e le hore le bona joale ba ka bontšoa mohau. 32 Etsoe Molimo o ba koaletse kaofela hammoho ho se mameleng,+ e le hore a ka ba bontša mohau+ kaofela ha bona.
33 O! botebo ba maruo+ le bohlale+ le tsebo+ ea Molimo! Likahlolo+ tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa fuputsoa hakaakang! 34 Etsoe “ke mang ea tsebang kelello+ ea Jehova, kapa ke mang eo e bileng moeletsi oa hae?”+ 35 Kapa, “Ke mang ea mo fileng pele, hoo a tla buseletsoa?”+ 36 Hobane lintho tsohle li teng ho tsoa ho eena le ka eena le bakeng sa hae.+ Ho eena e be khanya ka ho sa feleng.+ Amen.
12 Ka lebaka leo ke le kōpa ka tieo ka qenehelo ea Molimo, barab’eso, hore le hlahise ’mele+ ea lōna e le sehlabelo+ se phelang,+ se halalelang,+ se amohelehang ho Molimo,+ e le tšebeletso e halalelang+ ka matla a lōna a ho nahana.+ 2 Le khaotse ho ba ka sebōpeho+ sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho fetola likelello+ tsa lōna, e le hore le ka ipakela+ e le lōna thato+ ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.
3 Etsoe ka mosa o sa tšoanelang oo ke o filoeng ke bolella e mong le e mong moo har’a lōna hore a se ke a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana;+ empa a nahane e le hore a be le kelello e hlaphohileng,+ e mong le e mong kamoo Molimo a mo abetseng tekanyo+ ea tumelo.+ 4 Etsoe feela joalokaha ’meleng o le mong re e-na le litho tse ngata,+ empa e se litho tsohle tse nang le mosebetsi o tšoanang, 5 kahoo rōna, le hoja re le bangata, re ’mele o le mong+ bonngoeng le Kreste, empa ka bomong re litho tsa tse ling.+ 6 Joale, kaha re na le limpho tse fapaneng+ ho ea ka mosa o sa tšoanelang+ oo re o filoeng, ebang ke boprofeta, a re profeteng ho ea ka tumelo eo re e abetsoeng; 7 kapa bosebeletsi, a re beng bosebeletsing+ bona; kapa ea rutang,+ a ke a be ho ruteng ha hae;+ 8 kapa ea eletsang, a ke a be ho eletseng+ ha hae; ea abang, a ke a ho etse ka seatla se bulehileng;+ ea okamelang,+ a ke a ho etse ka tieo eohle; ea bontšang mohau,+ a ke a ho etse ka nyakallo.
9 Lerato+ la lōna e ke e be le se nang boikaketsi.+ Nyonyang se khopo,+ le khomarele se molemo.+ 10 Ka lerato la bara ba motho+ le bontšane lerato le mofuthu. Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.+ 11 Le se ke la ba botsoa mosebetsing+ oa lōna. Chesehang moeeng.+ Le be makhoba a Jehova.+ 12 Thabang tšepong.+ Mamellang tlas’a matšoenyeho.+ Phehellang thapelong.+ 13 Arolelanang le bahalaleli ho ea ka tseo ba li hlokang.+ Latelang mokhoa oa ho amohela baeti.+ 14 Le ’ne le hlohonolofatse ba hlorisang;+ hlohonolofatsang+ ’me le se ke la rohaka.+ 15 Thabang le batho ba thabileng;+ llang le batho ba llang. 16 Le nahanele ba bang ka tsela e tšoanang le eo le inahanelang ka eona;+ le se ke la nahana ka lintho tse phahameng,+ empa le tsamaisane le lintho tse tlaase.+ Le se ke la ba masene mahlong a lōna.+
17 Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe+ ho eena. Lokisetsang hore ho be le lintho tse ntle mahlong a batho bohle. 18 Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso+ le batho bohle. 19 Le se ke la iphetetsa,+ baratuoa, empa le fe khalefo+ sebaka; kaha ho ngoliloe: “Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.”+ 20 Empa, “haeba sera sa hao se lapile, u se fepe; haeba se nyoriloe, u se fe se nooang;+ etsoe ka ho etsa sena u tla bokella mashala a mollo hloohong+ ea sona.” 21 U se ke ua itlohela hore u hlōloe ke bobe, empa u ’ne u hlōle bobe ka botle.+
13 Moea o mong le o mong o ke o ipehe tlas’a+ balaoli ba phahameng,+ kaha ha ho na bolaoli+ haese ka Molimo;+ balaoli ba leng teng ba behiloe ke Molimo+ maemong a bona a lekanyelitsoeng.+ 2 Ka hona ea hanyetsang bolaoli o khahlanong le tokisetso ea Molimo; ba leng khahlanong le eona ba tla iphumanela kahlolo.+ 3 Kaha ba busang ba tšajoa ketsong e mpe, eseng ho e molemo.+ Joale, na u batla hore u se ke ua tšaba bolaoli? U ’ne u etse molemo,+ ’me u tla fumana thoriso e tsoang ho bona; 4 etsoe ke mosebeletsi oa Molimo ho uena molemong+ oa hao. Empa haeba u etsa se sebe,+ u be tšabong: kaha hase ntle ho morero bo jereng sabole; etsoe ke mosebeletsi oa Molimo, mopheteletsi+ ho bontša khalefo ho ea tloaetseng ho etsa se sebe.
5 Ka hona ho na le lebaka le qobellang la hore le ipehe tlaase, eseng feela ka lebaka la khalefo eo empa hape ka lebaka la matsoalo+ a lōna. 6 Etsoe ke ka lebaka leo hape le lefang makhetho; kaha ke bahlanka+ ba Molimo sechabeng bao kamehla ba sebeletsang morero oona ona. 7 Fang bohle tse ba lokelang, ea batlang lekhetho, le mo fe lekhetho;+ ea batlang sethabathaba, le mo fe sethabathaba; ea batlang tšabo, le mo fe tšabo+ e joalo; ea batlang tlhompho, le mo fe tlhompho e joalo.+
8 Le se ke la kolota mang kapa mang ntho leha e le ’ngoe,+ haese ho ratana;+ kaha ea ratang oa habo o phethahalitse molao.+ 9 Etsoe molao o reng, “U se ke ua feba,+ U se ke ua bolaea,+ U se ke ua utsoa,+ U se ke ua chacheha ka mohono,”+ le taelo efe kapa efe e teng, e akarelitsoe polelong ena, e reng, “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.”+ 10 Lerato+ ha le hlahisetse moahelani+ oa motho bobe; ka hona lerato ke phethahatso ea molao.+
11 Etsang sena, hape, hobane le tseba nako, hore e se e le hora ea hore le tsohe+ borokong, kaha joale poloko ea rōna e haufi ho feta nakong ea ha re e-ba balumeli.+ 12 Bosiu bo se bo ile haholo; letsatsi+ le atametse. Ka hona a re hloboleng mesebetsi ea lefifi+ ’me re apareng lihlomo+ tsa leseli. 13 Joaloka motšehare a re tsamaeeng ka mokhoa o hlomphehang,+ eseng meketeng e lerata le ho inehelleng botahoa,+ eseng ho kopaneleng liphate ho haneloang le boitšoarong bo hlephileng,+ eseng ho qabaneng+ le poulelong. 14 Empa le apare Morena Jesu Kreste,+ ’me le se ke la rera esale pele bakeng sa litakatso tsa nama.+
14 Amohelang motho ea nang le mefokolo+ tumelong ea hae, empa eseng ho etsa liqeto ka lipelaelo tse ka hare.+ 2 Motho e mong o na le tumelo ea ho ja ntho e ’ngoe le e ’ngoe,+ empa motho ea fokolang o ja meroho. 3 Ea jang a se ke a shebela ea sa jeng tlaase,+ ’me ea sa jeng a se ke a ahlola ea jang, kaha Molimo o mo amohetse. 4 U mang hore u ahlole mohlanka oa ntlo oa e mong?+ Ho mong’a hae oa ema kapa oa oa.+ Ka sebele, o tla emisoa, kaha Jehova a ka mo emisa.+
5 Motho e mong o nka hore letsatsi le leng le feta le leng;+ motho e mong eena o nka hore letsatsi le leng le joaloka a mang kaofela;+ motho e mong le e mong a ke a kholisehe ka botlalo kelellong ea hae. 6 Ea bolokang letsatsi o le boloka ho hlompha Jehova. Hape, ea jang, o ja ho hlompha Jehova,+ kaha o leboha Molimo;+ ’me ea sa jeng ha a je ho hlompha Jehova,+ ’me leha ho le joalo o leboha Molimo.+ 7 Ha e le hantle, ho rōna ha ho ea iphelelang,+ ’me ha ho le ea mong ea ichoellang; 8 kaha haeba re phela, re phela ho hlompha Jehova,+ ’me haeba re shoa, re shoa ho hlompha Jehova.+ Ka hona, haeba re phela le haeba re shoa, re ba Jehova.+ 9 Etsoe ho finyella sena Kreste o ile a shoa ’me a phela hape,+ e le hore e ka ba Morena oa bafu+ hammoho le ba phelang.+
10 Empa ke hobane’ng ha u ahlola mor’eno?+ Kapa ke hobane’ng ha u boetse u shebela mor’eno tlaase? Etsoe bohle re tla ema ka pel’a setulo sa kahlolo+ sa Molimo; 11 kaha ho ngoliloe: “‘Ka ’na ea phelang,’ ho bolela Jehova,+ ‘lengole le leng le le leng le tla nkhumamela, ’me leleme le leng le le leng le tla bolela pepenene hore le ela Molimo hloko.’”+ 12 Kahoo, joale, e mong le e mong oa rōna o tla ikarabella ho Molimo.+
13 Ka hona a re se keng ra hlola re ahlolana,+ empa ho e-na le hoo le etse qeto+ ea hore le se ke la beha khopiso+ kapa sesosa sa ho khoptjoa ka pel’a mor’abo+ lōna. 14 Kea tseba ’me ke kholisehile ho Morena Jesu hore ha ho letho le silafetseng;+ hafeela motho a nahana hore ho hong ho silafetse, ho silafetse ho eena.+ 15 Etsoe haeba ka lebaka la lijo mor’eno o ntse a bakeloa mesarelo, ha u sa tsamaea tumellanong le lerato.+ Ka lijo tsa hao u se ke ua felisa eo Kreste a ileng a mo shoela.+ 16 Ka hona, le se ke la lumella hore le buuoe hampe ka molemo oo le o etsang. 17 Etsoe ’muso oa Molimo+ ha o bolele ho ja le ho noa,+ empa o bolela ho loka+ le khotso+ le thabo+ ka moea o halalelang. 18 Etsoe ntlheng ena eo e leng lekhoba la Kreste oa amoheleha ho Molimo ’me oa amoheleha ho batho.+
19 Kahoo, joale, a re phehelleng lintho tse tlisang khotso+ le lintho tseo re ka hahanang ka tsona.+ 20 Khaotsang ho qhaqha mosebetsi oa Molimo feela ka lebaka la lijo.+ Ke ’nete, lintho tsohle li hloekile, empa ho kotsi ho motho ea jang+ ha ho e-na le boemo bo bakang ho khoptjoa. 21 Ho molemo ho se je nama kapa ho se noe veine kapa ho se etse ntho leha e le efe eo ka lebaka la eona mor’eno a khoptjoang.+ 22 Tumelo eo u nang le eona, u be le eona tumellanong le uena mahlong a Molimo.+ Ho thaba motho ea sa ipeheng kahlolong ka seo a se amohelang. 23 Empa haeba a e-na le lipelaelo, o se a ahlotsoe haeba a ja,+ hobane ha a je ho tsoa tumelong. Ka sebele, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e sa tsoeng tumelong ke sebe.+
15 Leha ho le joalo, rōna ba matla re tšoanela ho jara mefokolo ea ba seng matla,+ ’me re se ke ra ikhahlisa.+ 2 E mong le e mong oa rōna a khahlise moahelani oa hae ho se leng molemo bakeng sa ho mo haha.+ 3 Etsoe le eena Kreste ha aa ka a ikhahlisa;+ empa feela joalokaha ho ngoliloe: “Linyeliso tsa ba neng ba u nyelisa li nkoetse holimo.”+ 4 Etsoe lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa+ ho re laea,+ e le hore ka mamello+ ea rōna le ka matšeliso+ a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.+ 5 Joale e se eka Molimo ea fanang ka mamello le matšeliso a ka etsa hore har’a lōna le be le boikutlo ba kelello+ bo tšoanang le boo Kreste Jesu a neng a e-na le bona, 6 e le hore ka tumellano+ le ka tlotlisa Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste ka molomo o le mong.
7 Ka hona amohelanang,+ feela joalokaha Kreste le eena a ile a re amohela,+ ka tebello ea khanya ho Molimo. 8 Etsoe ke bolela hore ha e le hantle Kreste e bile mosebeletsi+ oa ba bolotseng+ bakeng sa ’nete+ ea Molimo, e le ho netefatsa litšepiso+ tseo A ileng a li etsetsa baholo-holo ba bona, 9 le hore lichaba+ li ka tlotlisa Molimo bakeng sa mohau+ oa hae. Feela joalokaha ho ngoliloe: “Ke ka lebaka leo ke tla bolela pepenene hore ke u ela hloko har’a lichaba ’me ke tla binela lebitso la hao lipina tsa thoriso.”+ 10 O boetse o re: “Thabang, lōna lichaba, hammoho le sechaba sa hae.”+ 11 O boetse o re: “Rorisang Jehova, lōna lichaba tsohle, ’me lichaba li ke li mo rorise.”+ 12 Esaia o boetse o re: “Ho tla ba le motso oa Jese,+ ’me ho tla ba le ea emang ho busa lichaba;+ lichaba li tla beha tšepo ea tsona ho eena.”+ 13 E se eka Molimo ea fanang ka tšepo a ka le tlatsa thabo eohle le khotso ka ho lumela ha lōna, e le hore le ka ateloa ke tšepo ka matla a moea o halalelang.+
14 Joale le ’na ke kholisehile mabapi le lōna, barab’eso, hore le boetse le tletse molemo, kaha le tlatsitsoe tsebo+ eohle, le hore le ka boetse la eletsana.+ 15 Leha ho le joalo, ke le ngolla ka ho toba haholo lintlheng tse ling tse itseng, joalokaha eka ke le hopotsa+ hape, ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oo ke o filoeng ke Molimo+ 16 hore ke be mohlanka oa sechaba oa Kreste Jesu lichabeng,+ ea tšoarehileng mosebetsing o halalelang oa litaba tse molemo+ tsa Molimo, e le hore nyehelo,+ e leng, lichaba tsena, e ka amoheleha,+ kaha e halalelitsoe ka moea o halalelang.+
17 Ka hona ke na le lebaka la ho thaba ho Kreste Jesu+ ha ho tluoa linthong tse amanang le Molimo.+ 18 Etsoe nke ke ka ba sebete ho bolela ntho e le ’ngoe haeba e se e ’ngoe ea lintho tseo Kreste a ileng a li sebetsa ka ’na+ hore lichaba li mamele,+ ka lentsoe+ le ketso ea ka, 19 ka matla a lipontšo le limakatso,+ ka matla a moea o halalelang; hoo ho tloha Jerusalema le ka ho potoloha+ ho ea fihla Ilyrikame ke boletseng ka ho phethahetseng litaba tse molemo tse mabapi le Kreste.+ 20 Ka sebele, ka tsela ena, sepheo sa ka e bile hore ke se ke ka bolela litaba tse molemo moo Kreste a neng a se a boletsoe, e le hore mohlomong ke se ke ka haha holim ’a motheo oa motho e mong;+ 21 empa, feela joalokaha ho ngoliloe: “Bao ho sa etsoang tsebiso ea letho ho bona mabapi le eena ba tla bona, ’me ba sa utloang ba tla utloisisa.”+
22 Ka hona hape ke ile ka sitisoa ka makhetlo a mangata ho fihla ho lōna.+ 23 Empa kaha joale ha ke sa na sebaka se sa sebetsoang libakeng tsena, ’me ka lilemo tse itseng ke ’nile ka ba le tlholohelo ea ho fihla ho lōna+ 24 neng kapa neng ha ke le tseleng ho ea Spain,+ ka holim ’a tsohle, ha ke le leetong ho ea moo, ke tšepa ho le bona le ho felehetsoa+ ke lōna sebaka se itseng ho ea moo ka mor’a hore pele ke khotsofale ke ho ba le lōna ka tekanyo e itseng. 25 Empa joale ke mothating oa ho ea Jerusalema ho ea sebeletsa bahalaleli.+ 26 Etsoe ba Macedonia le Akaia+ ba khahliloe ho arolela mafutsana a bahalaleli ba Jerusalema lintho tsa bona ka monehelo.+ 27 Ke ’nete, ba khahliloe ho etsa joalo, ’me leha ho le joalo ba ne ba e-na le molato ho bona; etsoe haeba lichaba li bile le karolo linthong tsa bona tsa moea,+ le tsona li na le sekoloto sa ho sebeletsa bana phatlalatsa ka lintho tsa ’mele oa nama.+ 28 Kahoo ka mor’a hore ke qete ka sena ’me ke fihlise litholoana+ tsena li sireletsehile ho bona, ke tla tloha ka tsela e potang ho lōna ho ea Spain.+ 29 Ho feta moo, kea tseba hore ha ke fela ke tla ho lōna ke tla tla ka tekanyo e tletseng ea tlhohonolofatso e tsoang ho Kreste.+
30 Joale kea le eletsa, barab’eso, ka Morena oa rōna Jesu Kreste le ka lerato la moea,+ hore le ikitlaetse le ’na lithapelong ho Molimo bakeng sa ka,+ 31 e le hore nka lopolloa+ ho ba sa lumelang ba Judea le hore bosebeletsi ba ka bo molemong oa Jerusalema+ e ka ba bo amohelehang ho bahalaleli,+ 32 e le hore ha ke fihla ho lōna ka thabo ka thato ea Molimo ke tle ke khatholloe+ hammoho le lōna. 33 E se eka Molimo ea fanang ka khotso a ka ba le lōna bohle.+ Amen.
16 Ke buella ho lōna Fibi morali’abo rōna, eo e leng mosebeletsi+ oa phutheho e Senkrea,+ 2 e le hore le ka mo amohela+ Moreneng ka tsela e tšoanelang bahalaleli, le hore le ka mo thusa tabeng leha e le efe eo a ka le hlokang ho eona,+ etsoe hape e ile ea e-ba mosireletsi oa ba bangata, e, oa ka.
3 Ntumelisetseng Priska le Akuila+ basebetsi-’moho+ le ’na ho Kreste Jesu, 4 ba ipehileng kotsing+ bakeng sa moea oa ka, bao e seng ’na feela ea ba lebohang+ empa le liphutheho tsohle tsa lichaba; 5 ’me le lumelise phutheho e leng ka tlung+ ea bona. Lumelisang Epinitase oa ka ea ratoang, eo e leng litholoana tsa pele+ tsa Asia bakeng sa Kreste. 6 Lumelisang Maria, ea entseng mesebetsi e mengata bakeng sa lōna. 7 Lumelisang Andronikase le Juniase beng ka ’na+ le baholehuoa-’moho+ le ’na, bao e leng banna ba tummeng har’a baapostola le ba bileng bonngoeng+ le Kreste halelele ho mpheta.
8 Ntumelisetseng+ Ampliatase moratuoa oa ka Moreneng. 9 Lumelisang Erbanase mosebetsi-’moho le rōna ho Kreste, le Stakise oa ka ea ratoang. 10 Lumelisang+ Apelese, ea amohelehang ho Kreste. Lumelisang ba ntlo ea Aristobulase. 11 Lumelisang Herodione mong ka ’na.+ Lumelisang ba ntlo ea Narsisase ba leng Moreneng.+ 12 Lumelisang Tryfina le Tryfosa, basali ba sebetsang ka thata Moreneng. Lumelisang Persise moratuoa oa rōna, kaha o ile a etsa mesebetsi e mengata Moreneng. 13 Lumelisang Rufase mokhethoa Moreneng, le ’mè oa hae le oa ka. 14 Lumelisang Asinkritase, Flegone, Hermese, Patrobase, Hermase, le barab’abo rōna ba nang le bona. 15 Lumelisang Filologase le Julia, Nerease le morali’abo, le Olympase, le bahalaleli bohle ba nang le bona.+ 16 Lumelisanang ka kako+ e halalelang. Liphutheho tsohle tsa Kreste lia le lumelisa.
17 Joale kea le eletsa, barab’eso, hore le ’ne le behe leihlo ho ba bakang likarohano+ le maemo a bakang ho khoptjoa khahlanong le thuto+ eo le ithutileng eona, ’me le ba qobe.+ 18 Kaha batho ba mofuta oo hase makhoba a Morena oa rōna Kreste, empa ke makhoba a limpa+ tsa ’ona; ’me ka puo e qhekellang+ le puo e rorisang+ ba eka lipelo tsa ba se nang mano. 19 Etsoe ho mamela ha lōna ho tlile tlhokomelong ea bohle.+ Ka hona kea thaba ke lōna. Empa ke batla hore le be bohlale+ mabapi le se molemo, empa le hloke molato+ mabapi le se sebe.+ 20 Molimo ea fanang ka khotso+ o tla silakanya Satane+ ka tlas’a maoto a lōna haufinyane. E se eka mosa o sa tšoanelang oa Morena oa rōna Jesu o ka ba le lōna.+
21 Timothea mosebetsi-’moho le ’na oa le lumelisa, le Lusiase le Jasone le Sosipatere beng ka ’na+ baa le lumelisa.
22 ’Na, Tershiase, ea ngotseng lengolo lena, kea le lumelisa Moreneng.
23 Gaiase,+ moamoheli oa ka boeting le oa phutheho eohle, oa le lumelisa. Erastase motsamaisi oa motse+ oa le lumelisa, le Kortase mor’abo oa le lumelisa. 24 ——
25 Joale ho ea+ ka le tiisang tumellanong le litaba tse molemo tseo ke li bolelang le ho bolela ka Jesu Kreste, ho ea ka tšenolo ea sephiri se halalelang+ seo ho lutsoeng ho khutsitsoe ka sona ka linako tse tšoarellang halelele 26 empa joale se bonahalitsoe+ ’me se tsebahalitsoe ka mangolo a boprofeta har’a lichaba tsohle tumellanong le taelo ea Molimo ea sa feleng ea ho ntšetsa pele ho mamela ka tumelo;+ 27 ho Molimo, ea bohlale a le mong,+ e be khanya+ ka Jesu Kreste+ ka ho sa feleng. Amen.