LENGOLO LA PELE LE EANG HO BAKORINTHE
1 ’Na Pauluse, ea bitselitsoeng ho ba moapostola+ oa Jesu Kreste ka thato ea Molimo, ke na le ngoan’abo rona Sosthene. 2 Re ngolla phutheho ea Molimo e Korinthe+ hammoho le bohle ba lumelang* lebitsong la Morena oa rona Kreste Jesu+ ba libakeng tse fapaneng. Ke Morena oa bona le oa rona. Molimo o le halalelitse e le hore le be barutuoa ba Kreste Jesu+ ebile o le khethile hore le be bahalaleli.
3 E se eka Molimo Ntate oa rona le Morena Jesu Kreste ba ka ba mosa* ho lona le ho le fa khotso.
4 Kamehla ke leboha Molimo hobane a le bontšitse mosa a sebelisa Kreste Jesu 5 hobane ka eena le fuoe ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho akareletsa le bokhoni ba ho ruta lentsoe la Molimo le ho le tseba hantle.+ 6 Le ile la kholiseha hore bopaki bo mabapi le Kreste+ ke ’nete. 7 Ka lebaka leo, le na le lintho tsohle tseo le li hlokang ha le ntse le emetse hore Morena oa rona Jesu Kreste a bontše matla a hae.+ 8 Hape Molimo o tla le tiisa ho fihlela qetellong e le hore le se ke la qosoa mohla Morena oa rona Jesu Kreste a tlang.+ 9 Molimo ea ileng a le bitsetsa hore le be basebetsi-’moho le Mora oa hae Jesu Kreste Morena oa rona, oa tšepahala.+
10 Bana beso, kea le eletsa ka lebitso la Morena oa rona Jesu Kreste hore kaofela ha lona le lumellane ka lintho tseo le li buang. Ho se ke ha e-ba le likarohano har’a lona+ empa le nahane le ho sheba lintho ka tsela e tšoanang.+ 11 Ba bang lelapeng la Kloe ba mpoleletse hore ha le utloane. 12 Ba bang ba lona ba re: “’Na ke oa Pauluse,” ba bang ba re: “’Na ke oa Apolose,”+ ba bang ba re: “’Na ke oa Kefase,”* ba bang bona ba re: “’Na ke oa Kreste.” 13 Na Kreste o arotsoe likoto? Na Pauluse ke eena ea ileng a bolaeloa palong bakeng sa lona? Kapa na le ile la kolobetsoa ka lebitso la Pauluse? 14 Ke leboha Molimo hore ebe ha kea ka ka kolobetsa le ea mong oa lona haese Krispase+ le Gaiase+ 15 e le hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea ka reng o ile a kolobetsoa ka lebitso la ka. 16 Ke kolobelitse le ba ntlo ea Setefanase.+ Ntle le moo, ha ke hopole eka ho na le e mong eo ke mo kolobelitseng. 17 Kreste ha aa ka a nthoma hore ke tsamaee ke kolobetsa batho empa o nthomile hore ke bolele litaba tse monate,+ le teng eseng ka bokheleke e le hore lefu la* Kreste le se ke la fetoha ntho e se nang thuso.
18 Molaetsa oa hore Kreste o shoetse palong* ha o na kelello ho batho ba tl’o timetsoa+ empa ho rona ba ntseng ba pholosoa, molaetsa oo oa bontša hore Molimo o matla.+ 19 Mangolo a re: “Ke tla etsa hore bohlale ba bahlalefi bo fele ’me nke ke ka amohela* menahano ea bona.”+ 20 O kae motho ea bohlale? O kae mongoli?* O kae motho oa lefatše lee* ea ratang ho ngangisana le ba bang? Na Molimo ha aa ka a etsa hore bohlale ba lefatše lee e be ntho e se nang thuso? 21 Batho ba lefatše lena ha ba tsebe Molimo+ hobane ba tšepile bohlale ba bona.+ Molaetsa oo re o bolelang ha o na thuso ho batho ba bang+ empa Molimo o entse qeto ea ho sebelisa molaetsa oo e le hore a pholose ba lumelang. Ka lebaka leo, ho ile ha bonahala hore Molimo o bohlale.
22 Bajuda ba batla ho bontšoa mehlolo,+ ha Bagerike bona ba batla ho ba bohlale 23 empa rona re bolella batho ka Kreste ea ileng a bolaeloa palong e leng ntho eo ho leng thata hore Bajuda ba e amohele* le eo balichaba ba e nkang e le bohlanya.+ 24 Leha ho le joalo, Kreste o bontša ba bitsitsoeng, ebang ke Bajuda kapa Bagerike, hore Molimo o matla ebile o bohlale.+ 25 Batho ba nka lintho tse tsoang ho Molimo e le lintho tse se nang thuso le tse fokolang empa lintho tseo li bohlale ebile li matla ho ba feta.+
26 Bana beso, le lona lea bona hore har’a batho bao Molimo a ba bitsitseng, ha se ba bangata bao batho ba ba nkang ba le bohlale,+ ha se ba bangata ba leng matla kapa ba tsoang malapeng a hlomphehang.+ 27 Molimo o khethile bao lefatše le nkang ba se na thuso e le hore a ka soabisa ba bohlale. Hape o khethile bao lefatše le nkang ba fokola e le hore a ka soabisa ba matla.+ 28 Molimo o khethile lintho tsa lefatše tseo batho ba nkang li se bohlokoa, tseo ba li khellang fatše ebile ba sa li nkele hloohong e le hore a ka etsa hore lintho tseo ba nkang li le bohlokoa e be lintho tse se nang thuso.+ 29 O entse joalo e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea ka ithorisang ka pel’a hae. 30 Ke ka lebaka la Molimo le leng barutuoa ba Kreste Jesu. Kreste Jesu o bontšitse hore Molimo o bohlale ebile o lokile.+ O entse hore re be batho ba lokileng ka pel’a Molimo, a etsa hore re halalele+ a ba a re lopolla ka ho re shoela+ 31 e le hore ho ka etsahala feela joalokaha Mangolo a boletse ha a re: “Ea ithorisang a ithorise hobane a tseba Jehova.”*+
2 Kahoo, ha ke ne ke tlile ho lona ho tla le bolella lekunutu le halalelang+ la Molimo, ha kea ka ka sebelisa mantsoe a thata+ kapa ka leka ho iketsa eka ke bohlale haholo. 2 Ke ile ka etsa qeto ea hore ha ke e-na le lona nke ke ka bua ka letho haese ho bua ka Jesu Kreste le hore o ile a bolaeloa palong.+ 3 Ke ile ka tla ho lona ke tšohile, ke ikutloa ke se na thuso* ebile ke thothomela. 4 Ha ke ne ke bua le lona le ha ke ne ke le ruta ha kea ka ka sebelisa mantsoe a sebelisoang ke batho ba bohlale. Ke ile ka sebelisa mantsoe a bontšang hore ke thusoa ke matla a moea o halalelang+ 5 e le hore le se ke la tšepa bohlale ba batho empa le tšepe matla a Molimo.
6 Re bua ka bohlale ha re e-na le batho ba nang le tumelo e matla+ eseng bohlale ba batho ba lefatše lena* kapa bohlale ba babusi ba lona ba tl’o felisoa.+ 7 Re bua ka bohlale ba Molimo bo patiloeng lekunutung le halalelang.+ Molimo o ile a rera bohlale bona esale khale, pele lefatše lena le khopo le e-ba teng e le hore a ka tlotlisoa. 8 Ha ho le ea mong oa babusi ba lefatše lena* ea ileng a tseba bohlale bona.+ Hoja ba ne ba bo tsebile, ba ka be ba sa ka ba bolaea* Morena oa rona ea hlomphehang. 9 Etsoe Mangolo a re: “Ha ho motho ea boneng kapa ea utloileng ebile ha ho motho ea kileng a nahana lintho tseo Molimo a li lokiselitseng ba mo ratang.”+ 10 Molimo o re senoletse tsona+ a sebelisa moea oa hae+ kaha moea o senola lintho tsohle esita le lintho tse tebileng tsa Molimo.+
11 Ha ho motho ea ka tsebang menahano ea motho e mong, motho le motho o tseba se ka pelong ea hae. Ka tsela e tšoanang, ha ho motho ea tsebang menahano ea Molimo haese moea o halalelang. 12 Ha re tataisoe ke tsela eo batho ba lefatše lena ba nahanang ka eona* empa re tataisoa ke moea oa Molimo+ e le hore re ka tseba lintho tseo Molimo a re fileng tsona ka lerato. 13 Lintho tsena re li bua re sebelisa mantsoe ao re a rutiloeng ke moea oa Molimo+ eseng ao re ithutileng ’ona ka bohlale ba batho.+ Kahoo, re hlalosa litaba tse amanang le Molimo re sebelisa mantsoe ao re a rutiloeng ke moea oa Molimo.
14 Motho ea tataisoang ke menahano ea hae ha a amohele lintho tsa moea oa Molimo hobane o nka li se na thuso. Ebile a ke ke a li tseba hobane o lokela ho ba le moea oa Molimo e le hore a li hlahlobe. 15 Empa motho ea tataisoang ke moea oa Molimo o hlahloba lintho tsohle.+ Leha ho le joalo, eena ha a hlahlojoe ke motho leha e le ofe. 16 “Ke mang ea ka tsebang menahano ea Jehova* e le hore a ka mo ruta?”+ Rona re nahana joaloka Kreste.+
3 Bana beso, ha kea ka ka khona ho bua le lona joalokaha ke bua le batho ba tataisoang ke moea oa Molimo.+ Empa ke buile le lona joaloka batho ba laoloang ke litakatso tsa bona, joaloka batho ba sa utloisiseng hantle+ hore na ho ba Mokreste ho bolela’ng.* 2 Le ne le e-s’o hole, le hona joale le ntse le e-s’o hole ka ho lekaneng, ke ka lebaka leo ke ileng ka le fa lebese ho e-na le ho le fa lijo tse tiileng.+ 3 Le ntse le nahana ka tsela eo batho ba lefatše lena ba nahanang ka eona+ hobane le ntse le le mona ebile ho na le liqabang har’a lona.+ Na ha le nahane le ho itšoara joaloka batho ba lefatše lee? 4 Ha e mong a re: “’Na ke oa Pauluse,” e mong eena a re: “’Na ke oa Apolose,”+ na ha le itšoare joaloka batho ba lefatše lee?
5 Hantle Apolose ke mang? Pauluse eena ke mang? Ke basebetsi+ feela ba etsang mosebetsi oo Morena a ba fileng oona, ba le thusitseng hore le be balumeli. 6 Ke ile ka lema,+ Apolose a nosetsa+ empa Molimo a ’na a holisa. 7 E leng hore ea lemang kapa ea nosetsang ha se eena oa bohlokoa empa Molimo ea holisang ke eena oa bohlokoa.+ 8 Ea lemang le ea nosetsang ba sebetsa ’moho* empa e mong le e mong o tla fumana moputso ho ea ka mosebetsi oa hae.+ 9 Re basebetsi-’moho le Molimo. Le tšoana le tšimo eo Molimo a e lemang le mohaho oo a o hahang.+
10 Kaha Molimo o bile mosa* ho ’na, ke tšoana le setsebi sa mehaho. Ke ralile motheo+ empa motho e mong o ntse a haha holim’a oona. E mong le e mong a hlokomele hore na o haha joang holim’a motheo oo. 11 Ha ho na motho ea ka ralang motheo o mong ntle le o seng o ntse o raliloe e leng Jesu Kreste.+ 12 Motho e mong a ka haha holim’a motheo oo a sebelisa khauta, silevera kapa majoe a bohlokoa. E mong eena a sebelisa lepolanka, furu kapa litlhaka. 13 Ha letsatsi la liteko le fihla, mosebetsi oa motho ka mong o tla hlaka hore na ke oa mofuta ofe. Ha mollo+ o tla, o tla bontša hore na mosebetsi oa motho ka mong o motle kapa o mobe. 14 Haeba mosebetsi oa e mong o sala o ntse o eme holim’a motheo, motho eo o tla hlohonolofatsoa. 15 Haeba mosebetsi oa e mong o cha, o tla lahleheloa haholo. Eena o tla pholoha empa ho tla ba joalokaha eka o phonyohile mollo.
16 Na ha le tsebe hore le tempele ea Molimo+ le hore moea oa Molimo o lula ho lona?+ 17 Haeba motho leha e le ofe a senya tempele ea Molimo, Molimo o tla mo felisa. Tempele ea Molimo ea halalela ’me tempele eo ke lona.+
18 Le se ke la ithetsa. Ea nahanang hore o bohlale lefatšeng lena* e ke e be sethoto e le hore a be bohlale. 19 Bohlale ba batho ba lefatše lena ha bo na thuso ho Molimo. Etsoe le Mangolo a re: “O tšoara ba bohlale mererong ea bona e mebe.”+ 20 Hape a re: “Jehova* oa tseba hore menahano ea ba bohlale ha e na thuso.”+ 21 Kahoo, ho se ke ha e-ba le ea ithorisang ka lebaka la batho hobane le fuoe lintho tsohle. 22 Ebang ke Pauluse, Apolose, Kefase,*+ lefatše, bophelo, lefu, lintho tse teng hona joale kapa lintho tse tlang, kaofela ke tsa lona. 23 Lona le ba Kreste,+ Kreste eena ke oa Molimo.
4 Re batla hore batho ba re nke re le basebeletsi ba Kreste ba tšepetsoeng makunutu a halalelang a Molimo.+ 2 Ho lebeletsoe hore bahlanka ba Kreste ba tšepahale. 3 Taba ea hore na ke ahloloa ke lona kapa lekhotla la batho ha se ea bohlokoa ho ’na. Le ’na ha ke ikahlole. 4 Kea tseba hore ha kea etsa letho le phoso empa ha ke bolele hore ke lokile, Jehova* ke eena ea nkahlolang.+ 5 Kahoo, le se ke la ahlola+ letho pele nako e loketseng e fihla. Ha Morena a fihla, o tla pepesa lintho tse lefifing a be a senole se ka lipelong tsa batho. E mong le e mong o tla fumana thoriso e mo tšoanelang e tsoang ho Molimo.+
6 Bana beso, ke buile lintho tsena ka ’na le Apolose+ ho le thusa ho bona ntlha. Re le behetse mohlala e le hore le ithute molao o reng: “Le se ke la fetela ka nģ’ane ho lintho tse ngotsoeng” e le hore le se ke la ikhohomosa+ eaba le nka motho e mong a le bohlokoa ho feta e mong. 7 U na le eng e etsang hore u ipone u phahametse batho ba bang? Na Molimo ha se eena ea u fileng ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u nang le eona?+ Haeba ke eena ea u fileng lintho tsohle, ke hobane’ng ha u ithorisa joalokaha eka u iphumanetse tsona ka matla a hao?
8 Na le nahana hore le se le e-na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le e hlokang? Na le nahana hore le se le le barui? Na le nahana hore le se le qalile ho busa le le marena?+ Ke lakatsa eka le ka be le qalile ho busa e le hore le rona re ka busa le lona.+ 9 Ke bona eka Molimo o entse hore rona baapostola re be ba ho qetela ba ho ahloleloa lefu ka pel’a batho bohle+ hobane re fetohile sebonoang ka pel’a lefatše,+ mangeloi le batho. 10 Re nkoa re le lithoto+ ka lebaka la ho latela Kreste empa lona le nahana hore le bohlale hobane le latela Kreste. Re bonahala re se na matla empa lona le bonahala le le matla. Lea hlomphuoa empa rona re khelloa fatše. 11 Ho fihlela letsatsing lena re ntse re lapa,+ re nyoroa,+ re haelloa ke liaparo, re otloa,*+ re se na mahae 12 ebile re sebetsa ka thata ka matsoho a rona.+ Ha batho ba re buisa hampe, re ba buisa hantle.+ Ha ba re hlorisa, rea mamella.+ 13 Ha ba re senya mabitso, re ba buisa ka mosa.+ Ho fihlela hona joale batho ba ntse ba re nka re tšoana le lithole le toti ea lefatše lena.
14 Ke le ngoletse lintho tsena e le ho le eletsa joaloka bana ba ka bao ke ba ratang eseng ho le hlabisa lihlong. 15 Le haeba le e-na le mesuoe e 10 000 e le rutang ho latela Kreste, ha le na bo-ntate ba bangata. Ke bile ntate oa lona hobane ke le tliselitse litaba tse monate ka Kreste Jesu.+ 16 Ka hona, ke kopa hore le nketsise.+ 17 Ke ka lebaka leo ke romelang Timothea ho lona. Ke ngoan’a ka eo ke mo ratang ebile o sebeletsa Morena ka pelo ea hae eohle. O tla le hopotsa hore na ke etsa lintho joang ha ke sebeletsa Kreste Jesu+ e leng lintho tseo ke li rutang liphutheho tsohle.
18 Ba bang baa ikhohomosa hobane ba nahana hore ha ke tl’o tla ho lona. 19 Empa ha Jehova* a rata, ke tla tla ho lona haufinyane ’me ke tla bona hore na bana ba ikhohomosang ba ka khona ho emela lintho tseo ba neng ba ntse ba li bua. 20 Liketso tsa rona ke tsona tse bontšang hore re busoa ke ’Muso oa Molimo le hore re na le matla a tsoang ho Molimo, eseng lipuo tsa rona. 21 Joale le ikhethela’ng? Ke tle ho lona ka thupa+ kapa ka mosa le lerato?
5 Ke utloile hore har’a lona ho na le ba etsang boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.*+ Le batho bao e seng balumeli ha ba etse boitšoaro bo bobe joalo ba hore monna a nke mosali oa ntate oa hae.+ 2 Le utloa le se rata sebe see? Na ha ho molemo hore le utloe bohloko+ e le hore motho ea entseng sebe see a tlosoe har’a lona?+ 3 Le hoja ke le sieo moo ka nama, ke teng ka moea* ebile ke se ke ahlotse motho ea entseng ntho ena joalokaha eka ke ne ke le teng. 4 Ha le bokane ka lebitso la Morena oa rona Jesu, le tsebe hore ke na le lona ka moea le hore ke fuoe matla ke Morena oa rona Jesu. 5 Le fane ka motho ea joalo ho Satane+ e le hore tšusumetso e mpe eo a e tlisitseng ka phuthehong e tlosoe ’me moea o motle oa phutheho o bolokoe letsatsing la Morena.+
6 Ha se hantle hore ebe le ikotla sefuba ka boemo bona. Na ha le tsebe hore tomoso e nyenyane e belisa hlama kaofela?+ 7 Tlosang tomoso ea khale e le hore le ka ba hlama e ncha hobane ha lea lokela ho ba le tomoso. Etsoe Kreste konyana ea rona ea Paseka+ o entsoe sehlabelo.+ 8 Ka lebaka leo, a re se keng ra keteka mokete ona+ ka tomoso ea khale kapa ka tomoso ea bobe le bokhopo empa re o keteke ka mahobe a se nang tomoso a botšepehi le ’nete.
9 Lengolong la ka ke ile ka le ngolla hore le khaotse ho itsoakanya le batho ba tloaetseng ho etsa* boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.* 10 Ke ne ke sa bue ka batho ba lefatše lena ba tloaetseng ho etsa* boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ ba meharo, bao e leng masholu kapa ba rapelang litšoantšo. Ho seng joalo, le ne le tla lokela ho tsoa lefatšeng.+ 11 Empa ke le ngolla hore le khaotse ho itsoakanya le mang kapa mang+ ea tsejoang e le ngoan’abo rona ea tloaetseng ho etsa* boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,* ea sa khotsofaleng,*+ ea rapelang litšoantšo, ea litlhapa, ea tahoang+ kapa ea utsoang.+ Esita le ho ja le se ke la ja le motho ea joalo. 12 Ha se mosebetsi oa ka ho ahlola ba ka ntle ho phutheho. Na ha lea lokela ho ahlola ba ka hare 13 ebe Molimo eena o ahlola ba ka ntle?+ “Tlosang moetsalibe eo har’a lona.”+
6 Haeba u qabane le ngoan’eno,+ na kannete u na le sebete sa ho mo isa khotla ka pel’a batho bao e seng balumeli? Ke hobane’ng ha u sa ee ho batho ba khethiloeng ke Molimo ka phuthehong?* 2 Na ha le tsebe hore batho ba khethiloeng ke Molimo* ba tla ahlola lefatše?+ Haeba le tla ahlola lefatše, na le ka hloleha ho rarolla litaba tse sa reng letho? 3 Na ha le tsebe hore re tla ahlola mangeloi?+ Joale ke hobane’ng ha le sitoa ho rarolla mathata a sa reng letho a bophelo boo? 4 Haeba le e-na le mathata bophelong ao le hlokang ho a rarolla,+ ke hobane’ng ha le ka a isa ho baahloli bao e seng karolo ea phutheho? 5 Ke bua tjena e le hore le soabe. E tlameha ebe ho na le motho ea bohlale har’a lona ea ka rarollang mathata a lona. 6 Ho ntse ho le joalo, Mokreste o isa Mokreste* e mong khotla, le hona ka pel’a batho bao e seng balumeli.
7 Haeba le qosana ka bolona, le se le ntse le hlolehile. Ke hobane’ng ha le sa itlohele hore le fosetsoe?+ Ke hobane’ng ha le sa itlohele hore le etsetsoe bolotsana? 8 Ho fapana le hoo, le fosetsa bana ba bo lona ebile le ba etsetsa bolotsana.
9 Na ha le tsebe hore batho ba sa lokang ba ke ke ba kena ’Musong oa Molimo?+ Le se ke la khelosoa.* Batho ba tloaetseng ho etsa* boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ ba rapelang litšoantšo,+ ba febang,+ banna ba etsang thobalano le banna ba bang,*+ 10 masholu, batho ba sa khotsofaleng,*+ matahoa,+ ba litlhapa* kapa ba nkang lintho tsa batho ba bang ka mahahapa ba ke ke ba kena ’Musong oa Molimo.+ 11 Ba bang ba lona le ne le le joalo empa le hloekisitsoe,+ le halalelitsoe+ hape le nkoa le lokile+ ka lebaka la lebitso la Morena oa rona Jesu Kreste le ka moea oa Molimo oa rona.
12 Ke lumeletsoe ho etsa lintho tsohle empa ha se lintho tsohle tse molemo.+ Ke lumeletsoe ho etsa lintho tsohle empa nke ke ka lumella ntho leha e le efe hore e ntaole. 13 Lijo li etselitsoe mpa le mpa e etselitsoe lijo empa Molimo o tla li felisa li le peli.+ ’Mele ha oa etsetsoa ho etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano* empa o etselitsoe ho sebeletsa Morena+ hape Morena oa o hlokomela. 14 Molimo o ile a tsosa Morena+ ’me le rona o tla re tsosa bafung+ ka matla a hae.+
15 Na ha le tsebe hore ’mele ea lona e ikarabella ho Kreste?+ Na ho nepahetse ho nka seo e leng sa Kreste ebe le se kopanya le letekatse? Ho hang! 16 Na ha le tsebe hore motho ea etsang thobalano le letekatse ke ’mele o le mong le lona? Etsoe Molimo o re: “Ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe.”+ 17 Empa ea ikopanyang le Morena o nahana joaloka eena.*+ 18 Balehang boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.*+ Libe tse ling tsohle tseo motho a li etsang ha li ame ’mele oa hae ka ho toba empa ea tloaetseng ho etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano o siteloa ’mele oa hae.+ 19 Na ha le tsebe hore ’mele ea lona ke tempele+ ea moea o halalelang oo le o filoeng ke Molimo?+ Le ikarabella ho Molimo+ 20 hobane o le rekile ka theko e phahameng.+ Kahoo, le mo tlotlise+ ka ’mele ea lona.+
7 Joale ke tla bua ka lintho tseo le ’ngoletseng ka tsona. Ho molemo hore monna a se ke a etsa thobalano 2 empa kaha boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano* bo bongata, monna a ke a be le mosali oa hae+ le mosali a ke a be le monna oa hae.+ 3 Monna o tlameha ho khotsofatsa takatso ea mosali oa hae ea thobalano,* le mosali a etse ka tsela e tšoanang ho monna oa hae.+ 4 Mosali ha a na matla a ho laola ’mele oa hae empa ke monna oa hae ea nang le ’ona. Ka tsela e tšoanang, monna ha a na matla a ho laola ’mele oa hae empa ke mosali oa hae ea nang le ’ona. 5 Le se ke la hanelana ka tokelo ena ntle leha le lumellane ka nakoana e le hore le ka ipehela nako ea ho rapela. Hamorao le fanane tokelo ena hape e le hore Satane a tle a se ke a le leka eaba le qetella le sa tšepahale hobane le hlokile boitšoaro. 6 Leha ho le joalo, ha ke le laele ho etsa lintho tsena empa ke le bolella tsona e le ho le bontša hore le lumeletsoe ho li etsa. 7 Ke lakatsa eka batho bohle ba ka tšoana le ’na. Empa e mong le e mong o na le mpho+ e tsoang ho Molimo. Ke kahoo ba bang ba nyalang, ba bang ba sa nyaleng.
8 Ho batho ba seng lenyalong le bahlolohali ke re: Ho molemo hore le tšoane le ’na.+ 9 Empa haeba le sa khone ho itšoara le nyale hobane ho molemo ho kena lenyalong ho e-na le ho chesoa ke takatso.+
10 Ho batho ba lenyalong, ke fana ka litaelo tsena tse tsoang ho Morena: Mosali ha aa lokela ho arohana le monna oa hae.+ 11 Empa haeba a khetha ho arohana le eena, a lule a sa nyaloa kapa a khutlelane le monna oa hae. Monna le eena ha aa lokela ho arohana le mosali oa hae.+
12 Empa ho ba bang ke re (ana ke mantsoe a ka eseng a Morena):+ Haeba ngoan’abo rona a e-na le mosali ea sa lumeleng ho Morena ’me mosali eo a lumela ho lula le eena, a se ke a mo siea. 13 Le haeba mosali a e-na le monna ea sa lumeleng ho Morena ’me monna eo a lumela ho lula le eena, a se ke a arohana le eena. 14 Lenyalo la monna ea sa lumeleng ho Morena le nkoa le halalela ka lebaka la mosali oa hae, le lenyalo la mosali ea sa lumeleng ho Morena le nkoa le halalela ka lebaka la monna oa hae. Ho seng joalo, bana ba bona ba ne ba ke ke ba halalela empa joale baa halalela. 15 Empa haeba molekane ea sa lumeleng ho Morena a khetha ho tsamaea, mo tlohele a tsamaee. Haeba seo se etsahala, ngoan’abo rona o lokolohile hore a se ke a lula le eena. Molimo o re file khotso.+ 16 Uena mosali, ho tseba mang hore haeba u ka lula le monna oa hao u tla mo pholosa?+ Kapa uena monna, ho tseba mang hore haeba u ka lula le mosali oa hao u tla mo pholosa?
17 E mong le e mong a tsoele pele ho ba ka tsela eo a neng a ntse a le ka eona pele Jehova* a mo bitsa+ hore e be molumeli. Ke fana ka taelo e tšoanang liphuthehong tsohle. 18 Haeba monna a ile a bitsetsoa hore e be molumeli a se a bolotse,+ a lule a le joalo. Hape haeba monna a ile a bitsetsoa hore e be molumeli a e-s’o bolle, a lule a sa bolla.+ 19 Ha ho na taba hore na motho o bolotse kapa che.+ Ntho ea bohlokoa ke hore motho a mamele litaelo tsa Molimo.+ 20 E mong le e mong a lule a le ka tsela eo a neng a le ka eona ha a tla bitsoa.+ 21 U se ke oa tšoenngoa ke hore u bitsitsoe u le lekhoba+ empa ha u e-na le monyetla oa ho lokoloha, u hle u nke monyetla oo. 22 Mang kapa mang eo e neng e le lekhoba ha Morena a mo bitsa, o se a lokolohile+ ’me o se a ikarabella ho Morena. Mang kapa mang ea neng a lokolohile ha Morena a mo bitsa, ke mohlanka oa Kreste. 23 Le rekiloe ka theko+ e phahameng, khaotsang ho ba makhoba a batho. 24 Bana beso, le lule le le ka tsela eo le neng le le ka eona ha Molimo a le bitsa.
25 Ha ke na taelo e tsoang ho Morena bakeng sa batho ba e-s’o kene lenyalong* empa ke fana ka maikutlo a ka+ joaloka motho ea tšepahalang, ea ileng a hauheloa ke Morena. 26 Kaha bophelo bo boima hona joale, ke nahana hore ho molemo hore motho a itulele a le joalo. 27 Haeba u na le mosali, u se ke oa leka ho mo siea.+ Haeba ha u na mosali, u se ke oa leka ho mo batla. 28 Empa haeba u ka kena lenyalong u tla be u sa etsa sebe. Haeba motho ea seng lenyalong a etsa qeto ea ho kena lenyalong, o tla be a sa etsa sebe. Leha ho le joalo, ba kenang lenyalong ba tla ba le mathata a mangata. Ke mpa ke leka ho le thusa ho qoba mathata ana.
29 Taba ea ka ke ena bana beso: Ho setse nako e nyenyane.+ Ho tloha hona joale, ba nang le basali ba be joalokaha eka ha ba na bona. 30 Ba llang ba be joaloka ba sa lleng, ba thabileng ba be joaloka ba sa thabang le ba rekang ba be joaloka ba se nang letho. 31 Ba sebelisang lintho tsa lefatše lena ba se ke ba nkeha ke tsona* hobane boemo ba lefatše lena boa fetoha. 32 Ke batla hore le se ke la tšoenyeha. Monna ea sa nyalang o amehile feela ka ho sebeletsa Morena le ka ho mo thabisa. 33 Empa monna ea nyetseng o amehile ka lintho tsa lefatše+ lena hobane o batla ho thabisa mosali oa hae. 34 O ka mona le ka mona. Ka tsela e tšoanang, mosali ea sa nyaloang kapa ea e-s’o ka a kena lenyalong o amehile ka ho sebeletsa Morena+ e le hore lintho tseo a li etsang* le tseo a li nahanang* li ka halalela. Empa mosali ea nyetsoeng o amehile ka lintho tsa lefatše lena hobane o batla ho thabisa monna oa hae. 35 Ke bua lintho tsena ho le thusa eseng ho le thatafaletsa bophelo. Ke batla ho le susumeletsa ho etsa ntho e nepahetseng e le hore le ka sebeletsa Morena kamehla ntle ho tšitiso.
36 Haeba motho a utloa hore ha a khone ho laola litakatso tsa hae tsa ho etsa thobalano ebile a se a holile ’meleng le kelellong,* ho molemo hore a nyale, o tla be a sa etse sebe.+ 37 Empa haeba motho a kholisehile pelong ea hae hore ha a hloke ho nyala a bile a khona ho laola takatso ea hae ea thobalano ’me a entse qeto pelong ea hae hore ha a batle ho nyala, o etsa hantle.+ 38 Kahoo, ea kenang lenyalong o etsa hantle empa ea sa keneng lenyalong o etsa hantle le ho feta.+
39 Mosali o lokela ho lula a nyalane le monna oa hae hafeela monna oa hae a ntse a phela.+ Empa haeba monna oa hae a shoa, o lokolohile hore a ka nyaloa ke mang kapa mang eo a mo ratang hafeela e le molateli oa Morena.+ 40 Empa ke nahana hore o tla thaba le ho feta ha a ka lula a le joalo. Ebile ke kholisehile hore ke tataisoa ke moea oa Molimo.
8 Ke le ngolla mabapi le lijo tse etsetsoang litšoantšo tse rapeloang.+ Kaofela rea tseba ka taba ena+ ’me tsebo e etsa hore motho a ikhohomose empa lerato lona lea haha.+ 2 Haeba motho a nahana hore o tseba taba e itseng, ha e le hantle ha a e-s’o tsebe ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka eona. 3 Empa haeba motho a rata Molimo, motho eo o tsejoa ke Molimo.
4 A re bueng ka taba ea hore na re ka ja lijo tse etsetsoang litšoantšo tse rapeloang. Rea tseba hore setšoantšo se rapeloang ha se Molimo+ le hore Molimo o mong feela.+ 5 Ho na le ba bitsoang melimo leholimong le lefatšeng,+ joalokaha batho ba nka hore ho na le “melimo” e mengata le “marena” a mangata. 6 Rona re na le Molimo a le mong feela+ e leng Ntate oa rona.+ Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsoa ho eena ’me re phelela eena.+ Re boetse re na le Morena a le mong e leng Jesu Kreste, eo ka eena lintho tsohle li leng teng+ ebile re na le bophelo ka eena.
7 Leha ho le joalo, ha se batho bohle ba utloisisang taba ena.+ Ba bang ba ne ba rapela melimo ea litšoantšo. Kahoo, ba nka hore ha ba ja lijo tse nyehetsoeng bakeng sa litšoantšo tseo,+ ho tšoana le ha ba li rapela ebe joale matsoalo a bona aa ba tšoenya hobane a fokola.+ 8 Lijo li ke ke tsa etsa hore re be le kamano e ntle le Molimo.+ Ha re sa je, re ke ke ra lahleheloa ke letho ’me ha re ja, re ke ke ra fumana letho le molemo.+ 9 Empa le hlokomele hore seo le khethang ho se etsa ha se khopise batho ba matsoalo a fokolang.+ 10 Le hoja le tseba hore melimo ea litšoantšo ha e na thuso, ha motho eo letsoalo la hae le fokolang a le bona le ja ka tempeleng ea litšoantšo tse rapeloang, a ka susumeletseha hore a je lijo tse nyehetsoeng bakeng sa litšoantšo tse rapeloang. 11 Le hoja u tseba hore ha se phoso ho ja lijo tseo, u ka senya tumelo ea ngoan’abo rona ea nang le letsoalo le fokolang. Hopola hore ke ngoan’eno eo le eena Kreste a mo shoetseng.+ 12 Ha le fosetsa bana ba bo lona ka tsela eo ’me le ba khothaletsa ho etsa lintho tse tšoenyang matsoalo a bona a fokolang,+ le fosetsa Kreste. 13 Ka hona, nke ke ka hlola ke ja nama haeba lijo tseo ke li jang li fokolisa tumelo ea ngoan’eso. Nke ke ka etsa letho le tla fokolisa tumelo ea ngoan’eso.+
9 Na ha ke na bolokolohi ba ho etsa lintho tseo ke li batlang? Na ha ke moapostola? Na ha kea bona Jesu Morena oa rona?+ Na lona ha le bopaki ba hore ke moapostola? 2 Le haeba ba bang ba sa nke ke le moapostola, ho lona ke eena. Lona le bopaki ba hore ke moapostola oa Morena.
3 Ho ba nkahlolang ke ikarabella ka ho re: 4 Na ha re na tokelo ea ho ja le ho noa? 5 Na ha re na tokelo ea ho nyala basali ba Bakreste re be re tsamaee le bona?+ Baapostola ba bang, bana ba bo Morena+ hammoho le Kefase*+ le bona ba etsa joalo. 6 Kapa na ke ’na le Barnabase+ feela ba lokelang ho sebetsa e le hore re iphelise? 7 Na le teng lesole le ipatallang litšenyehelo tsohle tsa lona ha le ntse le le bosoleng? Na o teng motho ea ka lemang serapa sa morara eaba ha a je litholoana tsa sona?+ Kapa na o teng molisa ea sa noeng lebese le tsoang mohlapeng oa hae?
8 Ha ke bue lintho tsena ke ipapisitse le maikutlo a batho, le Molao oa li bua. 9 Molao oa Moshe o re: “U se ke oa tlama poho molomo ha e pola.”+ Na Molimo o fane ka molao oo hobane a tšoenyehile ka lipoho feela? 10 Kapa na o fane ka molao oo molemong oa rona? Ha e le hantle, o fane ka molao oo molemong oa rona hobane motho ea lemang le ea polang o etsa joalo a tšepile hore o tla fumana ho hong.
11 Ha e le mona re le boleletse Lentsoe la Molimo, na ke phoso hore le re thuse ka lintho tseo re li hlokang?+ 12 Haeba batho ba bang ba e-na le tokelo ea ho lebella hore le ba thuse, na rona ha re na tokelo e fetang ea ho lebella hore le re thuse? Empa ha rea ka ra sebelisa tokelo ena.+ Ho e-na le hoo, re mameletse mathata a mangata e le hore re se ke ra sitisa mang kapa mang ho lumela litaba tse monate tse amanang le Kreste.+ 13 Na ha le tsebe hore banna ba sebetsang tempeleng ba ja lintho tseo batho ba li tlisang tempeleng le hore ba sebetsang aletareng ba fumana karolo ea lintho tse nyeheloang aletareng?+ 14 Ka tsela e tšoanang, Morena o laetse hore ba phatlalatsang litaba tse monate ba iphelise ka tsona.+
15 Empa ’na ha ke e-s’o sebelise le e le ’ngoe ea litokelo tsena+ ebile ha ke ngole tjena hobane ho e-na le ntho eo ke batlang hore le nketsetse eona. Nka mpa ka shoa ho e-na le hore motho e mong a nkamohe lebaka lena la ka la ho ithorisa.+ 16 Ha ke na lebaka la ho ithorisa hobane ke bolela litaba tse monate kaha ke tlamehile ho li bolela. Nka ba malimabe haeba ke sa li bolele.+ 17 Haeba ke li bolela ka ho rata, ke tla fumana moputso. Le haeba ke li bolela ke sa batle, ke ntse ke fuoe boikarabelo ba ho li bolela.+ 18 Joale moputso oa ka ke ofe? Ke hore ke bolelle batho litaba tse monate ka ho rata ebile ke sa pataloe letho molemong oa hore ke se ke ka sebelisa matla a ka* a ho bolela litaba tse monate hampe.
19 Le hoja ke se lekhoba la mang kapa mang, ke ikentse lekhoba la batho bohle e le hore nka tlisa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang tseleng ea Kreste. 20 Ho Bajuda ke ile ka ba joaloka Mojuda e le hore nka tlisa Bajuda tseleng ea Kreste.+ Ho ba latelang molao ke bile joaloka ea latelang molao e le hore nka tlisa ba latelang molao tseleng ea Kreste le hoja ’na ke sa latele molao.+ 21 Ho ba sa lateleng molao, ke bile joaloka ea sa lateleng molao e le hore nka tlisa ba sa lateleng molao tseleng ea Kreste. Ke entse joalo le hoja ’na ke latela molao oa Molimo ebile ke latela molao oa Kreste.+ 22 Ho ba fokolang ke bile joaloka ea fokolang e le hore nka tlisa ba fokolang tseleng ea Kreste.+ Ke bile lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle e le hore ke etse sohle se matleng a ka ho pholosa ba bang. 23 Empa ke etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse monate e le hore nka li arolelana le ba bang.+
24 Lea tseba hore peisong limathi kaofela lia matha empa ke a le mong feela ea tla fumana moputso. Kahoo, le mathe ka tsela e tla etsa hore le hlole.+ 25 Motho e mong le e mong ea kenelang tlholisano, o itšoara ka thata e le hore a tle a fumane korone e senyehang+ empa rona re e kenela hore re tle re fumane korone e sa senyeheng.+ 26 Kahoo, ha ke mathe joalokaha eka ha ke tsebe hore na ke mathela’ng.+ Ha ke loana ha ke loane joalokaha eka ke otla moea 27 empa ke tšoara ’mele oa ka+ ka thata* ebile ke o tšoara joaloka lekhoba e le hore ha ke qeta ho bolela litaba tse monate, Molimo a tle a nkamohele.
10 Bana beso, ke batla hore le tsebe hore baholo-holo ba rona kaofela ba ile ba tsamaea tlas’a leru+ le ho tšela leoatle+ 2 ’me kaofela ba ile ba kolobetsoa ka leru le ka leoatle e le hore e be balateli ba Moshe. 3 Kaofela ba ile ba ja lijo tse tšoanang tse tsoang ho Molimo+ 4 le ho noa metsi a tšoanang a tsoang ho Molimo.+ Ba ne ba tloaetse ho noa metsi lefikeng leo Molimo a neng a ba file lona le neng le le pel’a bona. Lefika leo le ne le tšoantšetsa* Kreste.+ 5 Leha ho le joalo, ba bangata ba bona ha baa ka ba khahlisa Molimo. Ke ka lebaka leo ba ileng ba bolaeloa lehoatateng.+
6 Lintho tse ileng tsa ba hlahela ke thuto ho rona hore re se ke ra lakatsa ho etsa lintho tse mpe joaloka bona.+ 7 Re se ke ra rapela melimo ea litšoantšo joalokaha ba bang ba bona ba ile ba etsa. Etsoe Mangolo a re: “Sechaba sa lula fatše hore se je le ho noa. Sa ema hore se ithabise.”+ 8 Hape re se ke ra etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano* joalokaha ba bang ba bona ba ile ba etsa, hoo ba 23 000 ba ileng ba shoa ka letsatsi le le leng.+ 9 Hape re se ke ra leka Jehova*+ joalokaha ba bang ba bona ba ile ba etsa eaba ba qetella ba bolailoe ke linoha.+ 10 Re se ke ra tletleba joalokaha ba bang ba bona ba ile ba etsa+ eaba ba qetella ba bolailoe ke lengeloi la Molimo.*+ 11 Lintho tsena tse ileng tsa ba hlahela ke thuto ho rona ’me li ile tsa ngolloa ho lemosa rona+ ba phelang mehleng ea bofelo.
12 Ka lebaka leo, ea nahanang hore o eme a hlokomele hore a se ke a oa.+ 13 Liteko tsohle tse le hlahelang li kile tsa hlahela batho ba bang.+ Empa Molimo oa tšepahala ’me a ke ke a lumella hore le hlaheloe ke liteko tseo le ke keng la khona ho li mamella.+ Ha le lekoa, o tla le thusa e le hore le khone ho mamella.+
14 Ka hona baratuoa ba ka, le balehe borapeli ba litšoantšo.+ 15 Ke bua le lona joaloka batho ba bohlale. Kahoo, le iketsetse qeto ea hore na ke nepile kapa che. 16 Ha re noa senoelo seo re lebohang Molimo ka sona,* na ha re fumane molemo maling a Kreste?+ Ha re ja bohobe boo re bo qhetsolang, na ha re fumane molemo ’meleng oa Kreste?+ 17 Bohobe bo bong, kahoo le hoja re le bangata, re ’mele o le mong+ hobane kaofela re ja bohobe boo.
18 Nahanang ka Baiseraele: Ha ba ne ba ja mahlabelo ao ba neng ba a nyehela aletareng, na ho ne ho sa tšoane leha eka ba ja le Molimo?+ 19 Na ke re ntho e hlabetsoeng setšoantšo se rapeloang e bohlokoa kapa sona setšoantšo se bohlokoa? 20 Ho hang, empa ke re batho ba lichaba tse ling ba etsetsa bademona mahlabelo eseng Molimo+ ’me ha ke batle hore le etse ntho leha e le efe e le kopanyang le bademona.+ 21 Le ke ke la noa senoelong sa Jehova* le senoelong sa bademona. Le ke ke la jella “tafoleng ea Jehova”*+ le tafoleng ea bademona. 22 ‘Kapa na re leka ho halefisa Jehova’?*+ Ha re matla ho mo feta.
23 Lintho tsohle li lumeletsoe ke molao empa ha se hore kaofela ha tsona li molemo. Lintho tsohle li lumeletsoe ke molao empa ha se tsohle tse khothatsang.+ 24 Lulang le etsa lintho tse tla tsoela ba bang molemo eseng tse tla tsoela lona feela molemo.+
25 Le je ntho e ’ngoe le e ’ngoe e rekisoang ’marakeng oa nama, le se ke la botsa letho hobane le tšohile hore matsoalo a lona a tla le tšoenya 26 hobane “lefatše ke la Jehova* le tsohle tse ho lona.”+ 27 Haeba motho ea sa lumeleng ho Kreste a u memela lijong ebe oa ea, u je ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a u fang eona ka letsoalo le khutsitseng, u sa botse lipotso. 28 Empa haeba motho e mong a ka re ho uena: “Nama ena e ne e sebelisitsoe ho etsetsa melimo ea litšoantšo sehlabelo,” u se ke oa e ja e le hore u se ke oa mo khopisa le hore ho se ke ha e-ba le eo letsoalo le mo tšoenyang.+ 29 Ha ke bue ka letsoalo la hao empa ke bua ka letsoalo la motho e mong. Etsoe ha ke batle ho sebelisa bolokolohi ba ka ba ho ikhethela ka tsela e tla tšoenya letsoalo la motho e mong.+ 30 Haeba ke ja lijo ebile ke li lebohela ho Molimo, na ho nepahetse hore ke li je le hoja li etsa hore batho ba bang ba mpue hampe?+
31 Ka hona, ebang lea ja, lea noa kapa le etsa ntho efe kapa efe, le etse lintho tsohle ka tsela e tla etsa hore Molimo a rorisoe.+ 32 Le hlokomele hore le se ke la khopisa batho ba bang, ho sa tsotellehe hore na ke Bajuda, Bagerike kapa batho ba ka phuthehong ea Molimo.+ 33 Le ’na ke leka ho thabisa batho bohle linthong tsohle tseo ke li etsang. Ha ke batle ho etsa lintho tse tla tsoela ’na feela molemo+ empa ke batla ho etsa tse tla tsoela batho ba bangata molemo e le hore ba tle ba pholohe.+
11 Le nketsise feela joalokaha le ’na ke etsisa Kreste.+
2 Kea le babatsa hobane linthong tsohle lea nkhopola ’me le etsa lintho tsohle kamoo ke le laetseng kateng. 3 Empa ke batla hore le tsebe hore hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste,+ hlooho ea mosali ke monna+ hape hlooho ea Kreste ke Molimo.+ 4 Monna e mong le e mong ea rapelang kapa ea profetang a roetse o tlotlolla hlooho ea hae. 5 Mosali e mong le e mong ea rapelang kapa ea profetang+ a sa roala, o tlotlolla hlooho ea hae kaha ho tšoana leha eka o kutile moriri oa hae kaofela. 6 Haeba mosali a sa roale, ke hore a kute empa haeba ke ntho e soabisang hore mosali a kute, o lokela ho roala.
7 Monna ha aa tšoanela ho roala kaha ke setšoantšo le khanya ea Molimo+ empa mosali ke khanya ea monna. 8 Monna ha aa tsoe ho mosali empa mosali o tsoa ho monna.+ 9 Ho feta moo, monna ha aa ka a boptjoa ka lebaka la mosali empa mosali o ile a boptjoa ka lebaka la monna.+ 10 Ka lebaka leo le ka lebaka la mangeloi,+ mosali o lokela ho roala ho bontša hore o tlas’a taolo ea monna oa hae.
11 Ka phuthehong ea Morena, monna o hloka mosali le mosali o hloka monna. 12 Etsoe feela joalokaha mosali a tsoa ho monna+ le monna o tsoetsoe ke mosali empa lintho tsohle li tsoa ho Molimo.+ 13 Ikahloleleng: Na ho loketse hore mosali a rapele Molimo a sa roala? 14 Na tsela eo batho ba bopiloeng ka eona ha e le rute hore ke ntho e soabisang ha monna a e-na le moriri o molelele 15 empa ke ntho e ntle ha mosali a e-na le moriri o molelele? O filoe moriri oo e le hore o koahele hlooho ea hae. 16 Leha ho le joalo, haeba ho na le motho ea batlang ho etsa khang ka taba ena, re tla araba ka ho re ha re na tloaelo e ’ngoe le liphutheho tsa Molimo ha li na eona.
17 Ha ke ntse ke fana ka litaelo tsena, ha ke le babatse hobane ha le bokane ’moho ha le thusane empa le utloisana bohloko. 18 Taba ea pele, ke utloile hore ho na le likarohano ha le le phuthehong ’me ke kholoa taba eo. 19 Likarohano tsona li tla ba teng har’a lona+ empa ho tla hlaka hore na ke bo-mang bao Molimo a ba amohelang.
20 Ha le bokane hammoho, ha se ka morero oa ho ja Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena.+ 21 Ha nako ea ho ja e fihla, e mong le e mong o itlela le lijo tsa hae ebe ho qetella ho e-na le ba lapileng le ba tahiloeng. 22 Na ha le na mahae moo le ka jellang le ho noella teng? Na le khella phutheho ea Molimo fatše le ho hlabisa ba futsanehileng lihlong? Ke re’ng ho lona? Ke le babatse? Lekhetlong lena teng lekhale!
23 Lintho tseo ke le rutileng tsona ke tseo ke ithutileng tsona ho Morena. Bosiung+ boo a neng a tl’o tšoaroa ka bona, o ile a nka bohobe, 24 ka mor’a ho leboha Molimo, a bo qhetsola eaba o re: “Bohobe bona bo emela ’mele oa ka+ o tla fanoa molemong oa lona. Le ’ne le etse tjena ho nkhopola.”+ 25 O ile a etsa se tšoanang ka senoelo+ sa veine ka mor’a hore ba je lijo tsa shoalane eaba o re: “Veine ena e emela selekane se secha+ se tla tiisoa ka mali+ a ka a tla tšolloa molemong oa lona. Nako le nako ha le e noa, le ’ne le etse tjena ho nkhopola.”+ 26 Nako eohle ha le ja bohobe bona le ho noa veine ena, le tsoela pele ho bolella ba bang ka lefu la Morena ho fihlela a tla.
27 Kahoo, mang kapa mang ea jang bohobe le ho noa veine ea Morena a sa tšoanelehe, o tla fumanoa a le molato oa ho hlompholla ’mele le mali a Morena. 28 Motho e mong le e mong a ke a itlhahlobe ka hloko e le ho netefatsa hore ntho eo a e etsang e nepahetse.+ Ka mor’a moo, a ka ja bohobe le ho noa veine. 29 Haeba motho ea jang le ho noa a sa utloisise hore ntho eo a e jang le ho e noa e emela ’mele oa Morena, o ipitsetsa kahlolo. 30 Ke ka lebaka leo boholo ba lona le fokolang, le kulang ebile ba bang ba shoele.*+ 31 Empa haeba re ka itlhahloba ka hloko, re ke ke ra ahloloa. 32 Leha ho le joalo, ha re ahloloa seo se bolela hore Jehova*+ oa re khalemela e le hore re se ke ra ahloloa ke lefatše.+ 33 Ka lebaka leo bana beso, ha le bokane hammoho bakeng sa ho ja Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, le emele hore bohle ba be teng. 34 Haeba ho na le ea lapileng, a jelle hae e le hore ha le bokane hammoho le se ke la ahloloa ke Molimo.+ Litaba tse ling tse setseng ke tla li lokisa ha ke fihla.
12 Bana beso, ke batla hore le tsebe ka limpho tseo Molimo a le fileng tsona.+ 2 Lea tseba hore pele le lumela ho Morena, le ne le laoloa le ho khelosoa ke melimo ea litšoantšo e sa tsebeng le ho bua.+ Le ne le etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo e neng e batla hore le e etse. 3 Ke batla le tsebe hore ha ho na motho ea tataisoang ke moea oa Molimo ea ka reng: “Jesu o lokela ho fuoa kotlo!” Hape ha ho na motho ea ka reng: “Jesu ke Morena!” ntle le ha a tataisoa ke moea o halalelang.+
4 Ho na le limpho tse fapaneng empa kaofela re li fuoa ke moea o tšoanang+ 5 hape ho na le mesebetsi e mengata eo re e etsang+ empa re sebeletsa Morena a le mong. 6 Moea o halalelang o etsa hore batho ba etse lintho tse ngata tse sa tšoaneng empa ke Molimo a le mong ea fanang ka moea oo.+ 7 Tsela eo moea o halalelang o thusang batho ka eona e bonahala ho motho e mong le e mong ’me ke Molimo ea ba fang oona e le hore o tsoele batho ba bang molemo.+ 8 Moea o halalelang o fa motho bokhoni ba ho bua ka bohlale ’me moea oona oo o fa motho e mong bokhoni ba ho bolella batho lintho tseo ba sa li tsebeng. 9 Moea o tšoanang o fa motho e mong tumelo+ ebe oona moea oo o fa motho e mong bokhoni ba ho phekola.+ 10 Moea o tšoanang o fa motho e mong bokhoni ba ho etsa mehlolo,+ e mong ba ho profeta, e mong ba ho utloisisa hore na molaetsa o tsoa ho Molimo kapa che,+ e mong ba ho bua lipuo tse ngata+ ebe e mong eena o fuoa bokhoni ba ho fetolela lipuo.+ 11 Lintho tsena kaofela li etsoa ke moea o le mong. Motho e mong le e mong o fuoa bokhoni ho ea ka hore na moea oa Molimo o mo fa joang.
12 ’Mele o na le litho tse ngata. Leha ho le joalo, litho tseo kaofela li etsa ’mele o le mong.+ ’Mele oa Kreste le oona o joalo. 13 Kaofela re ile ra kolobetsoa ka moea o le mong e le hore re be ’mele o le mong ’me kaofela ha rona re amohetse moea o le mong ho sa tsotellehe hore na re Bajuda kapa Bagerike, re makhoba kapa batho ba lokolohileng.
14 ’Mele ha o na setho se le seng empa o na le tse ngata.+ 15 Haeba leoto le ne le ka khona ho bua la re: “Kaha ha ke letsoho, ha ke karolo ea ’mele,” seo ha se bolele hore ha se karolo ea ’mele. 16 Tsebe le eona haeba e ne e ka re: “Kaha ha ke leihlo, ha ke karolo ea ’mele,” seo ha se bolele hore ha se karolo ea ’mele. 17 Haeba ’mele oohle e ne e le leihlo, motho o ne a tla utloa joang? Haeba ’mele oohle e ne e le tsebe, motho o ne a tla fofonela joang? 18 Molimo o behile setho se seng le se seng sa ’mele ka tsela eo a e batlang.
19 Haeba tsohle e ne e le setho se le seng, na ho ka be ho e-na le ’mele? 20 Ho na le litho tse ngata empa ’mele oona o mong. 21 Leihlo le ke ke la re ho letsoho, “Ha ke u hloke.” Hlooho le eona e ke ke ea re ho maoto, “Ha ke le hloke.” 22 Ha e le hantle, litho tsa ’mele tse bonahalang eka ha li na thuso, le tsona lia hlokeha. 23 Likarolo tsa rona tsa ’mele tseo re li nkang e se tsa bohlokoa hakaalo re li tšoara hantle+ ’me likarolo tse ling tsa ’mele tseo re li soabelang re li tšoara ka tlhompho. 24 Empa likarolo tsa ’mele ea rona tse ntle ha re sebetse hakaalo ho li hlokomela. Molimo o bopile ’mele ka tsela e tla etsa hore likarolo tse haelloang ke tlhompho li be le tlhompho e eketsehileng. 25 O entse joalo e le hore ’mele o se ke oa arohana. Litho tsa ’mele li lokela ho hlokomelana.+ 26 Ha setho se seng sa ’mele se utloa bohloko, litho tse ling kaofela li utloa bohloko le sona.+ Haeba setho se seng sa ’mele se hlomphuoa, litho tse ling kaofela li thaba le sona.+
27 Le ’mele oa Kreste+ ’me e mong le e mong oa lona ke setho sa ’mele oo.+ 28 Molimo o file e mong le e mong ka phuthehong mosebetsi. Oa pele ke oa baapostola,+ oa bobeli ke oa baprofeta,+ oa boraro ke oa mesuoe,+ e be oa ba etsang mehlolo,+ ba nang le bokhoni ba ho folisa,+ ba thusang ba bang, ba fanang ka tataiso+ le ba nang le mpho ea ho bua lipuo tse fapaneng.+ 29 Ha se bohle bao e leng baapostola, baprofeta kapa mesuoe. Ha se bohle ba khonang ho etsa mehlolo. 30 Ha se bohle ba fuoeng mpho ea ho folisa ba bang. Ha se bohle ba fuoeng mpho ea ho bua lipuo tse fapaneng.+ Ha se bohle ba fuoeng mpho ea ho fetolela lipuo tse ling.+ 31 Kahoo, le sebetse ka thata hore le fumane mpho ea bohlokoa+ ka ho fetisisa ho tsena ’me ke tla le bontša ntho e bohlokoa ho feta tsohle.+
13 Leha nka bua lipuo tsa batho le mangeloi, ha ke se na lerato ke tšoana le tšepe e llang kapa simbala e lerata. 2 Leha nka ba le mpho ea ho profeta, ka utloisisa makunutu a halalelang a Molimo, ka ba le tsebo eohle+ kapa ka ba le tumelo e matla ea ho tlosa thaba moo e lutseng teng, ha ke se na lerato ha ke letho.*+ 3 Leha nka rekisa lintho tsohle tseo ke nang le tsona e le hore ke thuse ba bang+ kapa ka ithorisa ka hore nka fana ka bophelo ba ka, ha ke se na lerato+ nke ke ka fumana molemo oa letho.
4 Motho ea lerato+ o na le mamello+ ’me o mosa.+ Ha a mona,+ ha a ithorise, ha a ikhohomose,+ 5 ha a itšoare ka tsela e soabisang,*+ ha a ichebe boeena feela,+ ha a halefe habonolo,+ ha a jare ba bang ka pelo,+ 6 ha a thabisoe ke lintho tse sa lokang+ empa o thabela ’nete. 7 Ha a tele,+ o lumela lintho tsohle,+ o tšepa lintho tsohle,+ o mamella lintho tsohle.+
8 Lerato ha le fele empa haeba ho na le limpho tsa ho profeta, tsa ho bua lipuo tse ling* kapa tsebo, limpho tseo li tla felisoa. 9 Ha re na tsebo e feletseng+ ebile seo re se profetang ha sea fella 10 empa ha tsebo ea rona e ka fella le seo re se profetang se ka fella, tsebo e sa fellang le boprofeta bo sa fellang li tla felisoa. 11 Ha ke ne ke le ngoana, ke ne ke bua joaloka ngoana, ke nahana joaloka ngoana, ke beha mabaka joaloka ngoana empa kaha joale ke holile, ke lahlile mekhoa ea bongoana. 12 Hona joale ha re bone ka tsela e hlakileng hobane ekare re ichebile ka seiponeng sa tšepe empa ka nako eo re tla bona hantle. Hona joale tsebo ea ka ea haella empa ka nako eo ke tla tseba lintho ka tsela e nepahetseng* feela joalokaha Molimo a ntseba hantle. 13 Leha ho le joalo, ho sala tsena tse tharo, e leng tumelo, tšepo le lerato empa ea bohlokoa ho li feta ke lerato.+
14 Lulang le ratana hape le ’ne le etse sohle se matleng a lona ho fumana limpho tse tsoang ho Molimo, haholo-holo mpho ea ho profeta.+ 2 Motho ea nang le mpho ea ho bua lipuo tse fapaneng* o bua le Molimo eseng le batho. Le hoja a susumetsoa ke moea o halalelang ho bua makunutu a halalelang,+ ha ho na motho ea mo utloisisang.+ 3 Leha ho le joalo, ea profetang oa matlafatsa, oa khothatsa ebile o tšelisa batho ka lintho tseo a li buang. 4 Ea buang puo e ’ngoe oa imatlafatsa empa ea profetang o matlafatsa phutheho. 5 Nka rata hore kaofela ha lona le be le mpho ea ho bua lipuo tse fapaneng+ empa nka thabisoa haholo ke ha le profeta.+ Ea profetang o molemo ho feta ea buang lipuo tse fapaneng, ntle le haeba ea buang lipuo tse fapaneng a fetolela seo a se buang e le hore a matlafatse phutheho. 6 Bana beso, le ne le tla fumana molemo ofe haeba ke ne nka tla ho lona ke bua lipuo tseo le sa li tsebeng? Ke ne ke tla le thusa haeba ke bua le lona ka boprofeta, thuto, tsebo+ kapa mantsoe a tsoang ho Molimo.*+
7 Hoa tšoana le ka liletsa tsa ’mino tse kang lekolilo kapa harepa. Haeba motho ea li letsang a letsa molumo o le mong feela, batho ba tla utloa pina joang? 8 Haeba molumo oa terompeta o sa utloahale hantle, ke mang ea tla itokisetsa ntoa? 9 Ka tsela e tšoanang, batho ba tla utloa joang hore na le ntse le re’ng haeba le sa bue puo e utloisisoang habonolo? Ho tla be ho tšoana le ha eka le buela moeeng. 10 Ho na le lipuo tse ngata lefatšeng ’me kaofela ha tsona lia utloahala. 11 Haeba ke sa utloisise puo e buuoang, ea e buang e tla ba molichaba ho ’na le ’na ke be molichaba ho eena. 12 Ka tsela e tšoanang, kaha le lona le batla limpho tse tsoang ho Molimo, le batle limpho tse ngata tse tla matlafatsa phutheho.+
13 Ka hona, ea buang puo e ’ngoe a rapelle hore a khone ho fetolela seo a se buang.+ 14 Etsoe haeba ke rapela ka puo e ’ngoe, ke rapela ka lebaka la mpho eo ke e filoeng ke Molimo empa ha ke utloisise hore na ke ntse ke re’ng. 15 Joale ke tla etsa joang? Ke tla sebelisa mpho eo ke e fuoeng ke Molimo ho rapela ke be ke rapele ka puo eo ke e utloisisang. Ke tla sebelisa mpho eo ke e fuoeng ke Molimo ho mo binela lipina tsa thoriso empa hape ke tla mo binela lipina tsa thoriso ka puo eo ke e utloisisang. 16 Ho seng joalo, haeba u rorisa Molimo u sebelisa mpho eo a u fileng eona, motho ea nang le uena o tla re “Amen” joang ha u rapela empa a sa utloe hore na u re’ng? 17 Ke ’nete hore u tla be u rapetse ka tsela e nepahetseng empa thapelo ea hao ha e thuse motho eo. 18 Ke leboha Molimo hore ebe ke na le mpho ea ho bua lipuo tse ngata ho le feta kaofela. 19 Leha ho le joalo, ka phuthehong nka mpa ka bua mantsoe a mahlano ao ke a utloisisang e le hore ke rute ba bang ho e-na le hore ke bue mantsoe a 10 000 ka puo e sa utloahaleng.+
20 Bana beso, le se ke la nahana joaloka bana,+ le nahane joaloka batho ba baholo empa le be batho ba se nang molato joaloka bana+ ka hore le qobe lintho tse fosahetseng.+ 21 Molao o itse: “Jehova* o re, ‘Ke tla bua le batho bana ke sebelisa batho bao ba sa ba tsebeng le ba buang lipuo tse ling empa ba ke ke ba ’mamela.’”+ 22 Ka lebaka leo, mpho ea ho bua lipuo tse ling e etselitsoe ho thusa ba sa lumeleng+ ho Jesu ho lumela ho eena eseng ho ruta ba lumelang ho eena. Boprofeta bona bo thusa ba lumelang ho Jesu eseng ba sa lumeleng ho eena. 23 Ka hona, haeba le kopane sebakeng se le seng ’me kaofela le bua lipuo tse fapaneng ebe batho ba bang feela kapa ba sa lumeleng ho Morena ba fihla har’a lona, na ba ke ke ba re lea hlanya? 24 Empa haeba kaofela le profeta ebe motho e mong feela kapa motho ea sa lumeleng ho Morena o fihla har’a lona, lintho tseo a li utloang li tla mo khalemela ’me o tla itlhahloba ka hloko. 25 Makunutu a pelo ea hae a tla senoleha ’me o tla khumama a rapele Molimo ebe o re: “Kannete Molimo o na le lona.”+
26 Joale le lokela ho etsa’ng bana beso? Ha le bokane hammoho, e mong o bina pesaleme, e mong oa ruta, e mong o bua lintho tseo Molimo a mo boleletseng tsona,* e mong o bua ka puo e ’ngoe ha e mong eena a fetolela le ho hlalosa.+ Lintho tsohle li ke li etsoe bakeng sa ho matlafatsa phutheho. 27 Haeba ho e-na le ba buang lipuo tse ling, ho bue batho ba babeli kapa ba bararo feela ’me ba se ke ba bua ka nako e le ’ngoe, ebe e mong oa fetolela.+ 28 Haeba ho se na motho ea ka fetolelang ntho eo ba e buang, ba thole ka phuthehong ’me ba bue le Molimo feela ba buela ka pelong. 29 Ho ka bua baprofeta ba babeli kapa ba bararo+ ebe batho ba bang ba leka ho utloisisa hore na boprofeta bo bolela’ng. 30 Haeba e mong a fumana molaetsa o tsoang ho Molimo* ha le ntse le le phuthehong, ea neng a ntse a bua a thole. 31 Ho profete motho a le mong ka nako e le hore bohle ba ka ithuta ’me ba khothatsoa.+ 32 Baprofeta ba lokela ho sebelisa mpho ea ho profeta eo ba e filoeng ke Molimo hantle. 33 Etsoe Molimo ke Molimo oa khotso eseng oa ho hloka taolo.+
Feela joalokaha ho etsahala liphuthehong tsohle tsa balumeli-’moho le rona,* 34 basali ba lokela ho thola ka liphuthehong. Ha baa lumelloa ho bua.+ Ba lokela ho ikokobetsa+ feela joalokaha Molao o cho. 35 Haeba ho na le ntho eo ba batlang ho e tseba, ba botse banna ba bona ha ba le hae hobane ke ntho e soabisang hore mosali a bue le phutheho.
36 Na lentsoe la Molimo le tsoa ho lona kapa na ke lona feela ba le fumaneng?
37 Haeba ho na le ea nahanang hore ke moprofeta kapa ea nahanang hore o na le mpho e tsoang ho Molimo, o lokela ho utloisisa hore lintho tseo ke le ngollang tsona ke litaelo tse tsoang ho Morena. 38 Empa haeba mang kapa mang a iphapanyetsa taba ena, Molimo o tla mo lahla.* 39 Kahoo bana beso, le ’ne le profete ka mafolofolo+ empa le teng le se ke la hanela ba bang ho bua lipuo tse ling.+ 40 Lintho tsohle li ke li etsoe ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.+
15 Bana beso, ke le hopotsa litaba tse monate tseo ke ileng ka le bolella tsona,+ tseo le ileng la li amohela le ho ema le tiile ho tsona. 2 Haeba le lula le e-na le tumelo e matla litabeng tse monate tseo ke le boleletseng tsona, lea pholosoa. Ho seng joalo tumelo ea lona ke ea lefeela.
3 Tse ling tsa lintho tsa bohlokoa tseo ke ileng ka le bolella tsona ke tseo le ’na ke ileng ka li rutoa e leng hore ho ea ka Mangolo, Kreste o shoetse libe tsa rona.+ 4 Mangolo a re+ o ile a patoa+ ’me a tsosoa+ ka letsatsi la boraro+ 5 le hore o ile a hlaha ho Kefase*+ eaba ka mor’a moo o hlaha ho baapostola ba 12.+ 6 Ka mor’a moo, o ile a hlaha ho bana ba bo rona ba 500 ka nako e le ’ngoe,+ boholo ba bona ba ntse ba phela le hona joale empa ba bang ha ba sa phela. 7 Ka mor’a moo, a hlaha ho Jakobo+ eaba o hlaha ho baapostola bohle.+ 8 Qetellong a hlaha ho ’na+ joalokaha eka ke ngoana ea hlahileng pele ho nako.
9 Etsoe ke ’na eo e seng oa bohlokoa ka ho fetisisa har’a baapostola ’me ha ke tšoanelehe ho bitsoa moapostola hobane ke ile ka hlorisa phutheho ea Molimo.+ 10 Empa ka lebaka la mosa* o moholo oa Molimo, ke moapostola. Molimo ha aa itšenyetsa nako ka ho ba mosa ho ’na hobane ke sebelitse ka thata ho feta ba bang kaofela empa ke entse joalo ka lebaka la mosa oa Molimo eseng ka matla a ka. 11 Ho sa tsotellehe hore na le rutiloe ke ’na kapa ke baapostola ba bang, kaofela re ruta molaetsa o le mong ’me le o lumetse.
12 Haeba re ntse re bolella batho hore Kreste o tsositsoe bafung,+ ho tla joang hore ebe ba bang ba lona ba re ha ho na tsoho ea bafu? 13 Haeba ha ho na tsoho ea bafu, le Kreste ha aa tsosoa. 14 Empa haeba Kreste ha aa tsosoa, mosebetsi oa rona oa ho ruta ha o na thuso le tumelo ea rona ha e na thuso. 15 Haeba ehlile bafu ba ke ke ba tsosoa, le Molimo ha aa tsosa Kreste bafung, e leng hore re bua leshano+ haeba re re Molimo o tsositse Kreste bafung.+ 16 Haeba bafu ba ke ke ba tsosoa, le Kreste ha aa tsosoa. 17 Haeba Kreste ha aa tsosoa, tumelo ea lona ha e na thuso ’me ha lea tšoareloa libe.+ 18 Hape ba shoeleng e le balateli ba Kreste ba ke ke ba hlola ba phela.+ 19 Haeba re tšepile Kreste bophelong bona feela, re otla pelo ho feta batho bohle.
20 Empa rea tseba hore Kreste o ile a tsosoa bafung. Ke eena motho oa pele oa ho tsosoa har’a bohle ba ileng ba shoa.*+ 21 Kaha lefu le bile teng ka motho,+ tsoho ea bafu le eona e teng ka motho.+ 22 Feela joalokaha bohle ba shoa ka lebaka la Adama,+ bohle ba tla phelisoa ka lebaka la Kreste.+ 23 Ba tla tsosoa ka tatellano, e mong le e mong ka nako ea hae, Kreste ke eena ea tsositsoeng pele.*+ Ka mor’a moo, ho tla tsosoa bao e leng ba Kreste ha aa se a le teng.+ 24 Ka mor’a moo, bofelo bo tla tla ebe o khutlisetsa ’Muso ho Molimo e leng Ntate oa hae ka mor’a hore a felise mebuso eohle, bolaoli bohle hammoho le bohle ba nang le matla.+ 25 O tla busa e le morena ho fihlela Molimo a behile lira tsohle tlas’a taolo ea hae.*+ 26 Sera sa ho qetela e leng lefu se tla felisoa.+ 27 Mangolo a re Molimo “o ile a beha lintho tsohle tlas’a taolo ea* Kreste.”+ Ha ho thoe Molimo o behile lintho tsohle tlas’a taolo ea Kreste,+ ha ho boleloe hore le eena o tlas’a taolo ea Kreste. Molimo ke eena ea behang lintho tsohle tlas’a taolo ea Kreste.+ 28 Ha Molimo a se a behile lintho tsohle tlas’a taolo ea Mora, Mora le eena o tla ipeha tlas’a taolo ea Molimo e leng eena ea behileng lintho tsohle tlas’a taolo ea Mora.+ Ka tsela eo, Molimo o tla busa batho bohle.+
29 Joale haeba bafu ba ke ke ba tsosoa, ho tla etsahala’ng ka ba ntseng ba kolobetsoa ka morero oa hore ba shoe?+ Ke hobane’ng ha ba ntse ba kolobetsoa ka morero oo? 30 Ke hobane’ng ha le rona re lula re le kotsing?+ 31 Letsatsi le letsatsi ke ba kotsing ea ho shoa. Taba ena ke ’nete bana beso feela joalokaha e le ’nete hore ke ikotla sefuba ka lona barutuoa ba Kreste Jesu Morena oa rona. 32 Na ho na le thuso ea hore ebe ke loanne le libata Efese+ joaloka batho ba bang?* Haeba bafu ba ke ke ba tsosoa, “a re jeng, re noeng hobane hosane re tl’o shoa.”+ 33 Le se ke la thetsoa. Ho tloaelana le batho ba fosahetseng ho senya mekhoa e metle.+ 34 Hlaphoheloang ’me le etse lintho tse nepahetseng. Le se ke la tloaela ho etsa sebe hobane ba bang ba lona ha le tsebe Molimo. Ke bua tjena e le hore le soabe.
35 Leha ho le joalo, e mong a ka ’na a re: “Bafu ba tla tsosoa joang? Ba tla tsosoa ba e-na le ’mele ea mofuta ofe?”+ 36 Uena ea se nang kelello! Na ha u tsebe hore ha u jala peo e tlameha ho shoa pele ebe ke hona e tla hola?* 37 Ha u jala, ha u jale semela se holileng. U jala peo feela ebang ke ea koro kapa ke peo ea mofuta o mong. 38 Empa Molimo o etsa hore e hole ka tsela eo a e batlang ’me peo e ’ngoe le e ’ngoe e hlaha e fapane le tse ling. 39 ’Mele ha e tšoane. Ho na le ’mele ea batho, ea likhomo, ea linonyana le ea litlhapi. 40 Ho na le ’mele ea leholimong+ le ’mele ea lefatšeng.+ ’Mele ea leholimong e metle ka tsela ea eona le ’mele ea lefatšeng e metle ka tsela ea eona. 41 Khanya ea letsatsi ha e tšoane le khanya ea khoeli kapa ea linaleli.+ Le khanya ea naleli e ’ngoe ha e tšoane le ea naleli e ’ngoe.
42 Le tsoho ea bafu e joalo. ’Mele o shoeleng* oa bola empa ’mele o tsositsoeng ha o bole.+ 43 O patoa* o sa hlomphehe empa o tsosoa o hlompheha.+ O patoa* o fokola empa o tsosoa o le matla.+ 44 O patoa* e le ’mele oa nama, o tsosoa e le ’mele oa moea. Haeba ho na le ’mele oa nama, ho boetse ho na le oa moea. 45 Le Mangolo a re: “Motho oa pele Adama e ile ea e-ba motho ea phelang.”+ Adama oa ho qetela ea e-ba moea o fanang ka bophelo.+ 46 Leha ho le joalo, ’mele oa moea ha oa tla pele. ’Mele oa nama ke oona o tlileng pele eaba ka mor’a moo ho tla ’mele oa moea. 47 Motho oa pele o tsoa lefatšeng ’me o entsoe ka lerole,+ motho oa bobeli eena o tsoa leholimong.+ 48 Ba entsoeng ka lerole ba tšoana le motho oa pele ea entsoeng ka lerole, ba leholimong ba tšoana le ea tsoang leholimong.+ 49 Feela joalokaha re tšoana le ea entsoeng ka lerole,+ re tla boela re tšoane le ea tsoang leholimong.+
50 Leha ho le joalo bana beso, kea le bolella hore ’mele ea nama le mali e ke ke ea kena ’Musong oa Molimo hape ntho e bolang e ke ke ea e-ba karolo ea ntho e sa boleng. 51 Ke le bolella lekunutu lena le halalelang: Re ke ke ra shoa kaofela empa kaofela re tla fetoloa+ 52 ka motsotsoana, ka ho panya ha leihlo ha terompeta ea ho qetela e lla. Terompeta e tla lla+ ’me bafu ba tla tsosoa ba e-na le ’mele e sa boleng. Re tla fetoloa. 53 ’Mele ona o bolang o tla fetoloa o ke keng oa bola+ ’me ’mele o shoang o tla fetoloa o sa shoeng.+ 54 Empa ha ’mele o bolang o se o fetotsoe o sa boleng ’me ’mele o shoang o fetotsoe o sa shoeng, ho tla phethahala mantsoe ana a hlahang ka Mangolong a reng: “Lefu le felisitsoe ka ho sa feleng.”+ 55 “Lefu, matla a hao a ho hlola a hokae? Lefu, motsu oa hao o hlabang o hokae?”+ 56 Motsu o hlabang o bakang lefu ke sebe+ ’me Molao o fa sebe matla.+ 57 Re leboha Molimo hobane o re thusa ho hlola lefu ka Morena oa rona Jesu Kreste.+
58 Kahoo, bana beso bao ke ba ratang, le eme le tiile,+ le sa sisinyehe. Le lule le phathahane+ ka mosebetsi oa Morena, le tsebe hore mosebetsi oo le o etsetsang Morena ha se oa lefeela.+
16 Le latele litaelo tseo ke li fileng liphutheho tsa Galatia tabeng ea chelete e bokelloang bakeng sa balumeli-’moho le rona.*+ 2 Letsatsing la pele la beke e ’ngoe le e ’ngoe, e mong le e mong oa lona a behelle ho hong ka thoko a ipapisitse le hore na a ka khona ho ntša bokae e le hore chelete e se ke ea bokelloa ha ke fihla. 3 Ha ke fihla moo, banna bao le itseng baa tšepahala mangolong a lona,+ ke tla ba roma Jerusalema hore ba ise mpho eo le faneng ka eona ka ho rata. 4 Leha ho le joalo, haeba ho bonahala ho loketse hore le ’na ke ee Jerusalema, ba tla tsamaea le ’na.
5 Ke tla tla ho lona ha ke tsoa Macedonia hobane ke rera ho pota teng.+ 6 Mohlomong ke tla lula le lona ka nakoana kapa ke qete mariha ’ohle le lona e le hore le ka mphelehetsa eaba le nkhutlela tseleng ha ke ea moo ebang ke ea teng. 7 Ha ke batle ho pota ho lona ke bile ke feta kaha ke batla ho lula le lona ka nakoana+ haeba Jehova* a lumela. 8 Ke tla ba mona Efese+ ho fihlela ka Mokete oa Pentekonta 9 hobane ke buletsoe monyetla* o moholo oa hore ke sebeletse Morena+ empa ho na le bahanyetsi ba bangata.
10 Haeba Timothea+ a ka fihla, le etse bonnete ba hore ha a tšohe letho ha a le har’a lona hobane o etsa mosebetsi oa Jehova*+ joaloka ’na. 11 Ka hona, ho se ke ha e-ba le motho ea mo khellang fatše. Mo felehetseng e le hore a fihle ho ’na a sireletsehile hobane ’na le bana ba bo rona re mo emetse.
12 Ha e le ngoan’abo rona Apolose,+ ke mo kopile hore a tle ho lona le bana ba bo rona ba bang. O ne a sa rera ho tla hona joale empa o tla tla ha a e-na le monyetla.
13 Lulang le falimehile,+ le eme le tiile tumelong,+ le be sebete ’me le be matla.+ 14 Le etse lintho tsohle ka lerato.+
15 Bana beso, lea tseba hore ba ntlo ea Setefanase ke bona ba pele ba ho ba balumeli Akaia ’me ba iteletse ho sebeletsa bana ba bo rona.* 16 Ke kopa hore le sebelisane hantle le batho ba tšoanang le ba ntlo ea Setefanase hammoho le bohle ba sebetsang le bona ka thata.+ 17 Ke thabile haholo ha Setefanase,+ Fortunatase le Akaikase ba le teng mona hobane ba nthusitse haholo ha le ne le le sieo. 18 Ba khothalitse ’na le lona haholo. Ka lebaka leo, le ananele* banna ba joalo.
19 Liphutheho tsa Asia li re le lumele. Akuila le Priska hammoho le phutheho e bokanang ha bona+ ba le lumelisa ka mofuthu lona balateli ba Morena. 20 Bana ba bo rona kaofela ba re le lumele. Lumelisanang ka lerato.*
21 ’Na Pauluse, ke le romela litumeliso tsa ka tseo ke li ngotseng ka letsoho la ka.
22 Haeba leha e le mang a sa rate Morena, o lokela ho fuoa kotlo. Morena oa rona, tloo! 23 E se eka Morena Jesu a ka ba mosa* haholo ho lona. 24 Kholisehang hore ke le rata haholo kaofela ha lona ba latelang Kreste Jesu.
Ka Segerike: “ba ipiletsang.”
Lebitso le leng la hae ke Petrose.
Ka Segerike: “palo ea.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “palong eo batho ba hlokofatsoang ho eona.” Sheba Tlhaloso ea Palo.
Kapa: “ke tla qhelela ka thoko.”
E leng setsebi sa molao.
Kapa: “mehleng ee.” Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “sesosa sa khopiso ho Bajuda.”
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “ke fokola.”
Kapa: “mehleng ena.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “mehleng ena.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “khokhothela palong.”
Ka Segerike: “moea oa lefatše.”
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “joaloka bana ho Kreste.”
Kapa: “ba na le sepheo se tšoanang.”
Kapa: “mehleng ena.” Sheba Tlhaloso.
Sheba Ntlha ea A5.
Lebitso le leng la hae ke Petrose.
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “re tšoaroa ka sehloho.”
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ke ntse ke nahana ka lona.”
Kapa: “ba etsang.”
Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ba etsang.”
Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ea etsang.”
Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ea meharo.”
Ka Segerike: “bahalaleli.”
Ka Segerike: “bahalaleli.”
Ka Segerike: “ngoan’abo.”
Kapa: “thetsoa.”
Kapa: “ba etsang.”
Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike ho sebelisitsoe mantsoe a mabeli a fapaneng, mantsoe ao a akareletsa banna ba lumelang ho etsa thobalano le banna ba bang le ba etsang thobalano le banna ba bang.
Kapa: “ba meharo.”
Kapa: “ba hlabang ba bang ka mantsoe.”
Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “ke moea o le mong le eena.”
Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “a fe mosali oa hae tokelo ea mosali.”
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “masoha.”
Kapa: “ba se ke ba li sebelisa ka ho feletseng.”
Ka Segerike: “’mele oa hae.”
Ka Segerike: “moea.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “a fetile palesa ea bocha.”
Lebitso le leng la hae ke Petrose.
Kapa: “litokelo tsa ka.”
Ka Segerike: “ke otla ’mele oa ka.”
Kapa: “e ne e le.”
Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “motimetsi.”
Ka Segerike: “senoelo sa tlhohonolofatso seo re se hlohonolofatsang.”
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Mona ha ho boleloe lefu la sebele empa ho buuoa ka ho lahleheloa ke kamano e ntle le Molimo.
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “ha ke na thuso.”
Kapa: “oa hlompha.”
E leng bokhoni ba ho bua lipuo tse ling ka mohlolo.
Kapa: “ka ho feletseng.”
Ka Segerike: “ea buang maleme.”
Ka Segerike: “tšenolo.”
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “o na le tšenolo.”
Ka Segerike: “tšenolo.”
Ka Segerike: “bahalaleli.”
Kapa mohlomong: “Haeba mang kapa mang a se na tsebo o tla tsoela pele a se na eona.”
Ke lebitso le leng la Petrose.
Ka Segerike: “litholoana tsa pele ho ba robetseng lefung.”
Ka Segerike: “litholoana tsa pele.”
Ka Segerike: “maoto a hae.”
Ka Segerike: “maoto a.”
Kapa mohlomong: “ho ea ka batho.”
Ka Segerike: “phela.”
Ka Segerike: “jetsoeng.”
Ka Segerike: “jaloa.”
Ka Segerike: “jaloa.”
Ka Segerike: “jaloa.”
Ka Segerike: “bahalaleli.”
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “monyako.”
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “bahalaleli.”
Kapa: “le hlomphe.”
Ka Segerike: “ka kako e halalelang.”