Exoda
1 Joale ana ke mabitso a bara ba Iseraele ba ileng ba tla Egepeta le Jakobo; ho ile ha tla monna e mong le e mong le ba ntlo ea hae:+ 2 Rubene,+ Simeone,+ Levi+ le Juda,+ 3 Isakare,+ Zabulone+ le Benjamine,+ 4 Dane+ le Nefthali,+ Gade+ le Ashere.+ 5 Meea eohle e tsoileng nokeng+ ea Jakobo e bile meea e mashome a supileng, empa Josefa o ne a se a ntse a le Egepeta.+ 6 Qetellong Josefa a shoa,+ le barab’abo kaofela le moloko oo oohle. 7 Bara ba Iseraele ba ata ’me ba qala ho ngatafala; ba ’na ba ata ’me ba e-ba matla haholo ka tekanyo e sa tloaelehang, hoo ba ileng ba tlala naha eo.+
8 Ka mor’a nako ha hlaha morena e mocha Egepeta ea neng a sa tsebe Josefa.+ 9 A re ho sechaba sa hae: “Bonang! Sechaba sa bara ba Iseraele se sengata ’me se matla ho re feta.+ 10 Tloong! A re ba sebetseng ka masene,+ esere ba ata, ’me eare, haeba re hlaheloa ke ntoa, joale ka sebele le bona ba ekelletsoa ho ba re hloileng ’me ba re loantša eaba ba tsoa ka har’a naha.”
11 Kahoo ba beha baokameli ba mosebetsi o qobelloang hore ba ba okamele ka morero oa ho ba hatella moroalong oo ba o jereng;+ ba qala ho haha metse e le libaka tsa polokelo bakeng sa Faro, e leng, Pithome le Ramsese.+ 12 Empa ha ba ba hatella haholo, ba ne ba ata haholo ’me ba hasana hohle haholo, hoo ba ileng ba ikutloa ba e-na le tšabo e kulisang ka lebaka la bara ba Iseraele.+ 13 Ka lebaka leo Baegepeta ba etsa hore bara ba Iseraele ba sebetse e le makhoba tlas’a khatello.+ 14 Ba ’na ba hlokofatsa bophelo ba bona ka bokhoba bo boima ka ho etsa seretse sa letsopa+ le litene le ka mofuta o mong le o mong oa bokhoba masimong,+ e, mofuta o mong le o mong oa bokhoba ba bona oo ba neng ba ba sebelisa ho oona e le makhoba tlas’a khatello.+
15 Hamorao morena oa Egepeta a re ho babelehisi ba Baheberu,+ bao lebitso la e mong oa bona e neng e le Shifra ’me lebitso la e mong e le Pua, 16 e, a ea bohōleng ba hore a re: “Ha le belehisa basali ba Baheberu ’me le ba bona ba le holim ’a setuloana sa ho beleha, haeba e le mora, le mo bolaee; empa haeba e le morali, o tla phela.” 17 Leha ho le joalo, babelehisi ba ne ba tšaba Molimo oa ’nete,+ ’me ha baa ka ba etsa kamoo morena oa Egepeta a neng a ba boleletse kateng,+ empa ba ne ba boloka bana ba batona ba phela.+ 18 Ka mor’a nako morena oa Egepeta a bitsa babelehisi ’me a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le entse ntho ee, hore ebe le bolokile bana ba batona ba phela?”+ 19 Eaba babelehisi ba re ho Faro: “Hobane basali ba Baheberu ha ba tšoane le basali ba Baegepeta. Kahobane ba tletse bophelo, ba beleha le pele ’melehisi a ka tla ho bona.”
20 Kahoo Molimo a sebetsana hantle le babelehisi;+ sechaba sa ’na sa e-ba sengata haholo ’me sa e-ba matla haholo. 21 Kahobane babelehisi ba ne ba ile ba tšaba Molimo oa ’nete hamorao o ile a ba sitsa ka malapa.+ 22 Qetellong Faro a laela sechaba sa hae kaofela, a re: “Mora e mong le e mong ea sa tsoa tsoaloa le mo lahlele nōkeng ea Nile, empa morali e mong le e mong le mo boloke a phela.”+
2 Khabareng, monna ea itseng oa ntlo ea Levi a nka morali oa Levi.+ 2 Mosali eo a ima eaba o tsoala mora. Ha a bona kamoo a neng a le motle kateng, a mo pata+ ka likhoeli tse tharo.+ 3 Ha a se a sa hlole a khona ho mo pata,+ joale a mo nkela areka ea loli ’me a e bitiela ka sekontiri se thata le sekontiri se metsi+ eaba o kenya ngoana ka har’a eona ’me o e beha har’a lehlaka+ lebōpong la nōka ea Nile. 4 Ho ekelletsa moo, khaitseli ea hae ea ema hōjana ho bona hore na ho ne ho tla etsoa eng ho eena.+
5 Ka mor’a nako morali oa Faro a theoha ho tla tola Nōkeng ea Nile, ’me makhabunyane a hae a ne a tsamaea lehlakoreng la Nōka ea Nile. Eaba o re heli! ’me o bona areka har’a lehlaka. Kapele-pele a romela lekhabunyane la hae hore le e nke.+ 6 Ha a e bula a bona ngoana, ’me bonang! moshanyana eo o ne a lla. Eaba oa mo qenehela,+ le hoja a ile a re: “Enoa ke e mong oa bana ba Baheberu.” 7 Joale khaitseli ea hae ea re ho morali oa Faro: “Na nka ea ’me ka ho khetheha ka u bitsetsa mosali ea anyesang ho basali ba Baheberu hore a u anyesetse ngoana eo?” 8 Kahoo morali oa Faro a re ho eena: “Tsamaea!” Hang-hang moroetsana eo a tsamaea ’me a bitsa ’mè oa ngoana.+ 9 Joale morali oa Faro a re ho eena: “Nka ngoana enoa u nkanyesetse eena, ’me ke tla u fa moputso oa hao.”+ Ka lebaka leo mosali eo a nka ngoana ’me a mo anyesa. 10 Ngoana a hōla. Joale a mo tlisa ho morali oa Faro, hore e be mora oa hae;+ eaba o mo reha lebitso la Moshe ’me o re: “Ke kahobane ke mo ntšitse metsing.”+
11 Joale matsatsing ao, ha Moshe a ntse a e-ba matla, a tsoela ho barab’abo hore a talime moroalo oo ba o jereng;+ ’me ha a re heli! a bona Moegepeta ea itseng a otla Moheberu ea itseng oa barab’abo.+ 12 Kahoo a qamaka eaba o bona ho se na motho. Joale a bolaea Moegepeta ’me a mo pata lehlabatheng.+
13 Leha ho le joalo, ka letsatsi le hlahlamang a tsoa ’me bonang! ho ne ho e-na le banna ba babeli ba Baheberu ba loanang. Kahoo a re ho ea fositseng: “Ke hobane’ng ha u otla motsoalle oa hao?”+ 14 Eaba o re: “Ke mang ea u behileng hore u be khosana le moahloli oa rōna?+ Na u rerile ho mpolaea feela joalokaha u bolaile Moegepeta?”+ Joale Moshe a tšoha ’me a re: “Ka sebele ntho ena ea tsebahala!”+
15 Ka mor’a moo Faro a utloa ka ntho ena, eaba o leka ho bolaea Moshe;+ empa Moshe a balehela+ Faro e le hore a e’o lula naheng ea Midiane;+ eaba o lula pel’a seliba. 16 Joale moprista+ oa Midiane o ne a e-na le barali ba supileng, ’me joalokaha e le tloaelo ba ile ba tla eaba ba kha metsi ’me ba tlatsa linoelo hore ba noese mohlape oa ntat’a bona.+ 17 Joalokaha e le tloaelo balisa ba tla ’me ba ba leleka. Eaba Moshe oa ema o thusa basali bao ’me o noesa mohlape oa bona.+ 18 Kahoo ha ba fihla hae ho ntat’a bona Reuele+ a hooa: “Ho tla joang hore ebe kajeno le tlile hae kapele hakaale?” 19 Eaba ba re: “Moegepeta+ ea itseng o ile a re lopolla matsohong a balisa ’me, ntle ho moo, a re khella metsi e le hore a noese mohlape.” 20 Joale a re ho barali ba hae: “Empa o kae? Le sietse’ng monna eo? Mo bitseng, hore a tl’o ja bohobe.”+ 21 Ka mor’a moo Moshe a bontša hore o rata ho lula le monna eo, eaba o fa Moshe morali oa hae Zipora.+ 22 Hamorao a tsoala mora eaba o mo reha lebitso la Gershome,+ hobane, a itse: “Ke fetohile mojaki naheng esele.”+
23 Eitse matsatsing ao a mangata qetellong morena oa Egepeta a shoa,+ empa bara ba Iseraele ba tsoela pele ho feheloa ka lebaka la bokhoba le ho etsa mohoo oa pelaelo,+ ’me mohoo oa bona o kōpang thuso oa ’na oa nyolohela ho Molimo oa ’nete ka lebaka la bokhoba.+ 24 Ka mor’a nako Molimo a utloa+ ho bobola ha bona+ ’me Molimo a hopola selekane sa hae le Abrahama, Isaka le Jakobo.+ 25 Kahoo Molimo a talima bara ba Iseraele ’me Molimo a ela hloko.
3 Moshe ea e-ba molisa oa mohlape oa Jethro,+ moprista oa Midiane, eo Moshe e neng e le mokhoenyana oa hae.+ Ha a ntse a khannela mohlape ka bophirimela ho lefeella, qetellong a fihla thabeng ea Molimo oa ’nete,+ Horebe.+ 2 Joale lengeloi la Jehova la hlaha ho eena le le lelakabeng la mollo har’a sehlahla se meutloa.+ Ha a ntse a talimile, bonang! sehlahla se meutloa se ne se tuka ’me leha ho le joalo sehlahla se meutloa se ne se sa che. 3 Eaba Moshe o re: “A nke ke fapohele e le hore ke hlahlobe pono ena e makatsang haholo, hore na ke hobane’ng ha sehlahla se meutloa se sa che.”+ 4 Ha Jehova a bona hore o khelohetse ho ea hlahloba, hang-hang Molimo a mo bitsa a le har’a sehlahla se meutloa a re: “Moshe! Moshe!” eaba o re: “Ke ’na enoa.”+ 5 Joale a re: “U se ke ua atamela mona. Rōla meqathatso ea hao, hobane sebaka seo u emeng ho sona ke mobu o halalelang.”+
6 Eaba o tsoela pele ho re: “Ke ’na Molimo oa ntat’ao, Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo.”+ Joale Moshe a ipata sefahleho, hobane o ne a tšaba ho talima Molimo oa ’nete. 7 Jehova a eketsa: “Ntle ho pelaelo ke bone mahloreho a sechaba sa ka se Egepeta, ’me ke utloile mohoo oa sona ka lebaka la ba se qobellang ho sebetsa; hobane ke tseba hantle bohloko boo se bo utloang.+ 8 Kea theoha ho ea se lopolla matsohong a Baegepeta+ le ho se ntša naheng eo ho se isa naheng e ntle le e khōlō, naheng e phallang lebese le mahe a linotši,+ sebakeng sa Bakanana le Bahethe le Baamore le Bapereze le Baheve le Bajebuse.+ 9 Joale, bona! mohoo oa bara ba Iseraele o fihlile ho ’na, ’me ke bone le khatello eo Baegepeta ba ba hateletseng ka eona.+ 10 Joale tloo ke u rome ho Faro, ’me u ntše sechaba sa ka sa bara ba Iseraele Egepeta.”+
11 Leha ho le joalo, Moshe a re ho Molimo oa ’nete: “’Na ke mang hore ke ee ho Faro le hore ke ntše bara ba Iseraele Egepeta?”+ 12 Eaba o re: “Hobane ke tla ba le uena,+ ’me ena ke pontšo ho uena ea hore ke ’na ea u romileng:+ Ka mor’a hore u ntše sechaba seo Egepeta, le tla sebeletsa Molimo oa ’nete thabeng ena.”+
13 Leha ho le joalo, Moshe a re ho Molimo oa ’nete: “A re re joale ke fihlile ho bara ba Iseraele ’me ke re ho bona, ‘Molimo oa baholo-holo ba lōna o nthomile ho lōna,’ ebe ba re ho ’na, ‘Lebitso la hae ke mang?’+ Ke tla re’ng ho bona?” 14 Eaba Molimo o re ho Moshe: “KE TLA BA SEO KE TLA BA SONA.”+ Eaba oa eketsa: “Sena ke seo u tla se bolella bara ba Iseraele, ‘KE TLA BA o nthomile ho lōna.’”+ 15 Joale Molimo a boela a re ho Moshe:
“Sena ke seo u tla se bolella bara ba Iseraele, ‘Jehova Molimo oa baholo-holo ba lōna, Molimo oa Abrahama,+ Molimo oa Isaka+ le Molimo oa Jakobo,+ o nthomile ho lōna.’ Lena ke lebitso la ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ ’me sena ke sehopotso sa ka ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+ 16 Tsamaea, u phuthe banna ba baholo ba Iseraele, ’me u re ho bona, ‘Jehova Molimo oa baholo-holo ba lōna o hlahile ho ’na,+ Molimo oa Abrahama, Isaka le Jakobo, a re: “Ruri ke tla lebisa tlhokomelo+ ho lōna le ho se etsoang ho lōna Egepeta. 17 Kahoo ke re, ke tla le ntša mahlorehong+ a etsoang ke Baegepeta ke le ise naheng ea Bakanana le Bahethe le Baamore+ le Bapereze le Baheve le Bajebuse,+ naheng e phallang lebese le mahe a linotši.”’+
18 “Ka sebele ba tla mamela lentsoe la hao,+ ’me uena le banna ba baholo ba Iseraele le tle ho morena oa Egepeta, le re ho eena, ‘Jehova Molimo oa Baheberu+ o ikopantse le rōna,+ ’me joale ka kōpo, re batla ho tsamaea leeto la matsatsi a mararo re ee lefeelleng, re batla ho etsetsa Jehova Molimo oa rōna sehlabelo.’+ 19 Ke tseba hantle hore morena oa Egepeta a ke ke a le fa tumello ea hore le tsamaee haese ka letsoho le matla.+ 20 Ke tla lokela ho otlolla letsoho+ la ka ’me ke otle Egepeta ka liketso tsa ka tsohle tse hlollang tseo ke tla li etsa har’a eona; ka mor’a moo o tla le tlohela hore le tsoe.+ 21 Ke tla etsa hore sechaba sena se amohelehe mahlong a Baegepeta; ’me ka sebele etlare ha le tsamaea, le ke ke la tsamaea le sa nka letho.+ 22 Mosali e mong le e mong a kōpe ho moahelani oa hae le ho mosali ea lulang e le mojaki ka tlung ea hae lintho tsa silevera le lintho tsa khauta le liaparo tsa ka holimo, ’me le li apese bara ba lōna le barali ba lōna; le nkele Baegepeta sohle.”+
4 Leha ho le joalo, ha Moshe a araba a re: “Empa a re re ha ba ntumele ’me ha ba mamele lentsoe la ka,+ kahobane ba tla re, ‘Jehova ha aa ka a hlaha ho uena.’” 2 Joale Jehova a re ho eena: “Ke eng seo se letsohong la hao?” eaba o re: “Ke molamu.”+ 3 Ka mor’a moo a re: “O lahlele fatše.” Kahoo a o lahlela fatše, ’me oa fetoha noha;+ eaba Moshe o qala ho e baleha. 4 Joale Jehova a re ho Moshe: “Otlolla letsoho la hao ’me u e tšoare ka mohatla.” Kahoo a otlolla letsoho la hae a e tšoara, eaba e fetoha molamu seatleng sa hae. 5 “E le hore,” ho qotsa mantsoe a hae, “ba ka lumela hore Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona,+ Molimo oa Abrahama,+ Molimo oa Isaka+ le Molimo oa Jakobo,+ o hlahile ho uena.”+
6 Joale Jehova a boela a re ho eena: “Ka kōpo, kenya letsoho lemenong le ka holimo la seaparo sa hao.” Kahoo a kenya letsoho lemenong le ka holimo la seaparo sa hae. Ha a le ntša, bonang! letsoho la hae le ne le otliloe ka lepera joalokaha eka ke lehloa!+ 7 Ka mor’a moo a re: “Khutlisetsa letsoho lemenong le ka holimo la seaparo sa hao.” Kahoo a khutlisetsa letsoho lemenong le ka holimo la seaparo sa hae. Ha a le ntša lemenong le ka holimo la seaparo sa hae, bonang! le ne le boetse boemong ba lona ba pele le tšoana le nama e ’ngoe ea hae kaofela!+ 8 “’Me etlare,” ho qotsa mantsoe a hae, “haeba ba sa u lumele ’me ba sa mamele lentsoe la pontšo ea pele, joale ka sebele ba tla lumela lentsoe la pontšo ea morao.+ 9 Hape, etlare haeba ba sa lumele esita le lipontšo tsena tse peli ’me ba sa mamele lentsoe la hao,+ joale u tla lokela ho nka metsi a Nōka ea Nile ’me u a tšollele naheng e omileng; metsi ao u a nkileng Nōkeng ea Nile ka sebele a tla fetoha, e, ruri a tla fetoha mali naheng e omileng.”+
10 Joale Moshe a re ho Jehova: “Ntšoarele, Jehova, empa ha ke motho ea buang ka mokhoa o phollatsi, leha e le ho tloha maobane kapa ho tloha pele ho moo kapa ho tloha ha u bua le mohlanka oa hao, etsoe ke molomo o boima ’me ke leleme le boima.”+ 11 Eaba Jehova o re ho eena: “Ke mang ea etselitseng motho molomo kapa ea etsang ea sa khoneng ho bua kapa ea sa utloeng litsebeng kapa ea bonang ka mokhoa o hlakileng kapa ea foufetseng? Na hase ’na, Jehova?+ 12 Kahoo joale tsamaea, ’me ke tla ba le molomo oa hao ’me ke tla u ruta seo u tšoanetseng ho se bua.”+ 13 Empa a re: “Ntšoarele, Jehova, empa ka kōpo romela ka letsoho la eo u tla mo romela.” 14 Joale bohale ba Jehova ba tukela Moshe eaba o re: “Na Arone Molevi hase moholoane oa hao?+ Kea tseba hore ruri a ka bua. ’Me, ntle ho moo, bona! o tseleng ho tla u khahlanyetsa. Ha a u bona, ka sebele o tla thaba pelong ea hae.+ 15 U bue le eena ’me u mo kenye mantsoe molomong;+ ke tla ba le molomo oa hao le molomo oa hae,+ ’me ke tla le ruta seo le tla se etsa.+ 16 O tla u buella ho batho; o tla ba joaloka molomo ho uena,+ ’me u tla ba joaloka Molimo ho eena.+ 17 U tla nka molamu ona letsohong la hao hore u etse lipontšo ka oona.”+
18 Tumellanong le hoo Moshe a tsamaea ’me a khutlela ho Jethro mohoe oa hae ’me a re ho eena:+ “Ka kōpo, ke batla ho tsamaea, le ho khutlela ho barab’eso ba Egepeta e le hore ke bone hore na ba sa ntse ba phela.”+ Kahoo Jethro a re ho Moshe: “Tsamaea ka khotso.”+ 19 Ka mor’a moo Jehova a re ho Moshe Midiane: “Tsamaea, khutlela Egepeta, hobane batho bohle ba neng ba tsoma moea oa hao ba shoele.”+
20 Joale Moshe a nka mosali oa hae le bara ba hae ’me a ba palamisa eseleng, eaba o khutlela naheng ea Egepeta. Ho feta moo, Moshe a nka molamu oa Molimo oa ’nete letsohong.+ 21 Eaba Jehova o tsoela pele ho re ho Moshe: “Ha u se u ile ’me u khutletse Egepeta u bone hore u etsa mehlolo eohle eo ke e behileng matsohong a hao ka pel’a Faro.+ Ha e le ’na, ke tla tlohela pelo ea hae hore e be manganga;+ ’me a ke ke a tlohela sechaba hore se tsamaee.+ 22 Le re ho Faro, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Iseraele ke mora oa ka, letsibolo la ka.+ 23 Ke re ho uena: E-re mora oa ka a tsamaee e le hore a ntšebeletse. Empa haeba u hana hore a tsamaee, bona! ke tla bolaea mora oa hao, letsibolo la hao.”’”+
24 Joale eare ha ba le tseleng sebakeng sa bolulo+ Jehova a kopana le eena+ ’me a ’na a batla tsela ea ho mo bolaea.+ 25 Qetellong Zipora+ a nka lejoe le thata ’me a poma ntlha ea letlalo la setho sa botona+ sa mora oa hae ’me a etsa hore e ame maoto a hae eaba o re: “Ke hobane u monyali oa mali ho ’na.” 26 Ka lebaka leo a mo tlohela. Ka nako eo Zipora a re: “Monyali oa mali,” ka lebaka la lebollo.
27 Joale Jehova a re ho Arone: “Tsamaea u khahlanyetse Moshe lefeelleng.”+ Eaba oa tsamaea ’me o kopana le eena thabeng ea Molimo oa ’nete+ eaba oa mo aka. 28 Moshe a bolella Arone mantsoe ’ohle a Jehova, ea neng a mo romile,+ le lipontšo tsohle tseo a neng a mo laetse hore a li etse.+ 29 Ka mor’a moo Moshe le Arone ba tsamaea ’me ba bokella banna bohle ba baholo ba bara ba Iseraele.+ 30 Joale Arone a bua mantsoe ’ohle ao Jehova a neng a a boleletse Moshe,+ ’me a etsa lipontšo+ mahlong a sechaba. 31 Eaba sechaba sea lumela.+ Ha se utloa hore Jehova o ne a lebisitse tlhokomelo+ ea hae ho bara ba Iseraele le hore o bone mahloreho+ a bona, joale sa inama ’me sa itihela fatše ka lifahleho.+
5 Ka mor’a moo Moshe le Arone ba kena ’me ba re ho Faro:+ “Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘Tlohela sechaba sa ka hore se tsamaee e le hore se nketsetse mokete lefeelleng.’”+ 2 Empa Faro a re: “Jehova ke mang,+ hore ke mamele lentsoe la hae ’me ke tlohele Baiseraele hore ba tsamaee?+ Ho hang ha ke tsebe Jehova+ ’me, ho feta moo, nke ke ka tlohela Baiseraele hore ba tsamaee.”+ 3 Leha ho le joalo, ba tsoela pele ho re: “Molimo oa Baheberu o ikopantse le rōna.+ Ka kōpo, re batla ho tsamaea leeto la matsatsi a mararo re ee lefeelleng ’me re etsetse Jehova Molimo oa rōna sehlabelo;+ ho seng joalo a ka re otla ka lefu la seoa kapa ka sabole.”+ 4 Eaba morena oa Egepeta o re ho bona: “Moshe le Arone, ke hobane’ng ha le tlohelisa batho mesebetsi ea bona?+ Tsamaeang le jare meroalo ea lōna!”+ 5 Faro a tsoela pele: “Bonang! Joale sechaba sa naha ena se sengata,+ ’me ruri le etsa hore se khaotse ho jara meroalo ea sona.”+
6 Kapele-pele letsatsing leo Faro a laela ba neng ba qobella sechaba ho sebetsa le balaoli ba sona,+ a re: 7 “Le se ke la bokella joang ho bo fa sechaba hore se etse litene+ joaloka pele. Se ke se tsamaee ’me se ipokellele joang. 8 Ho feta moo, palo e batloang ea litene eo se neng se e etsa pele, le ’ne le e batle ho sona. Le se ke la se fokoletsa letho, hobane se iketlile.+ Ke ka lebaka leo se hoeletsang, se reng, ‘Re batla ho tsamaea, re batla ho etsetsa Molimo oa rōna sehlabelo!’+ 9 Tšebeletso e ke e be boima ho sechaba seo ’me se sebetse, se se ke sa ela hloko mantsoe a bohata.”+
10 Kahoo ba qobellang sechaba ho sebetsa+ le balaoli ba sona ba tsoa ’me ba re ho sechaba: “Sena ke seo Faro a se boletseng, ‘Ha ke sa tla hlola ke le fa joang. 11 Tsamaeang, iphumaneleng joang kae kapa kae moo le ka bo fumanang teng, hobane tšebeletso ea lōna e ke ke ea fokotsoa le hanyenyane.’”+ 12 Ka lebaka leo sechaba sa hasa-hasana naheng eohle ea Egepeta ho bokella litlhaka bakeng sa joang. 13 Ba neng ba se qobella ho sebetsa ba ’na ba se phehella,+ ba re: “Qetang mesebetsi ea lōna, e mong le e mong mosebetsi oa hae, letsatsi le letsatsi, feela joalokaha joang bo ne bo fumaneha.”+ 14 Hamorao balaoli+ ba bara ba Iseraele, bao batho ba Faro ba fanang ka mosebetsi ba neng ba ba behile hore ba ba okamele, ba otloa,+ ba re: “Ke hobane’ng ha le sa qeta mosebetsi oo le o laetsoeng oa ho etsa litene+ joaloka pele, maobane le kajeno?”+
15 Ka lebaka leo balaoli+ ba bara ba Iseraele ba kena ’me ba hoeletsa ho Faro, ba re: “Ke hobane’ng ha u sebetsana le bahlanka ba hao ka tsela ee? 16 Ha ho joang bo fuoang bahlanka ba hao ’me leha ho le joalo ba re ho rōna, ‘Etsang litene!’ ’me bona! bahlanka ba hao ba otliloe, le hoja batho ba hao e le bona ba molato.”+ 17 Empa a re: “Le iketlile, le iketlile!+ Ke ka lebaka leo le reng, ‘Re batla ho tsamaea, re batla ho etsetsa Jehova sehlabelo.’+ 18 Joale tsamaeang, le sebetse! Le hoja le ke ke la fuoa joang, leha ho le joalo le fane ka palo e behiloeng ea litene.”+
19 Joale balaoli ba bara ba Iseraele ba ipona ba le tsietsing e mpe ka polelo e reng:+ “Le se ke la fokotsa litene tsa lōna le hanyenyane palong ea letsatsi le leng le le leng ea mang kapa mang.”+ 20 Ka mor’a moo ba teana le Moshe le Arone,+ ba neng ba eme moo ho ba khahlanyetsa ha ba tsoa ho Faro. 21 Hang-hang ba re ho bona: “E se eka Jehova a ka le talima ’me a ahlola,+ kaha le entse hore re nkhe hampe+ ka pel’a Faro le ka pel’a bahlanka ba hae hoo a behileng sabole matsohong a bona hore ba re bolaee.”+ 22 Joale Moshe a retelehela ho Jehova+ a re: “Jehova, ke hobane’ng ha u tliselitse sechaba see bobe?+ Ke hobane’ng ha u nthomile?+ 23 Etsoe ho tloha ka nako ea ha ke kena ho Faro ho bua ka lebitso la hao,+ o entse sechaba sena hampe,+ ’me ho hang ha ua lopolla sechaba sa hao.”+
6 Kahoo Jehova a re ho Moshe: “Joale u tla bona seo ke tla se etsa ho Faro,+ hobane ka lebaka la letsoho le matla o tla ba tlohela hore ba tsamaee ’me ka lebaka la letsoho le matla o tla ba leleka naheng ea hae.”+
2 Molimo a tsoela pele ho bua le Moshe a re ho eena: “Ke ’na Jehova.+ 3 Ke ne ke ee ke hlahe ho Abrahama,+ Isaka+ le Jakobo+ ke le Molimo ea Matla ’Ohle,+ empa ke ne ke sa itsebahatse+ ho bona ka lebitso la ka la Jehova.+ 4 Hape ke ile ka tiisa selekane sa ka le bona hore ke ba fe naha ea Kanana, naha ea bojaki ba bona eo ba ileng ba lula ho eona e le bajaki.+ 5 Ke utloile ho bobola ha bara ba Iseraele,+ bao Baegepeta ba ba entseng makhoba, ’me ke hopola selekane sa ka.+
6 “Ka hona e-re ho bara ba Iseraele, ‘Ke ’na Jehova, ka sebele ke tla le ntša tlas’a meroalo ea Baegepeta ke le lopolle bokhobeng ba bona,+ ’me ruri ke tla le pholosa ka letsoho le otlolohileng le ka likahlolo tse khōlō.+ 7 Ka sebele ke tla le nkela ho ’na joaloka sechaba,+ ’me ruri ke tla ba Molimo ho lōna;+ ka sebele le tla tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa lōna ea le ntšang tlas’a meroalo ea Egepeta.+ 8 Ka sebele ke tla le tlisa naheng eo ke phahamisitseng letsoho la ka ka kano+ hore ke tla e fa Abrahama, Isaka le Jakobo; ’me ruri ke tla le fa eona e le ntho eo le tla e rua.+ Ke ’na Jehova.’”+
9 Ka mor’a moo Moshe a bolella bara ba Iseraele sena, empa ha baa ka ba mamela Moshe ka lebaka la ho nyahama le bokhoba bo boima.+
10 Joale Jehova a bua le Moshe, a re: 11 “Kena, u bue le Faro, morena oa Egepeta,+ hore a tlohele bara ba Iseraele hore ba tsamaee ba tlohe naheng ea hae.”+ 12 Leha ho le joalo, Moshe a bua ka pel’a Jehova, a re: “Bona! Bara ba Iseraele ha baa ’mamela;+ ’me Faro o tla ’mamela joang,+ kaha molomo oa ka ha oa bolla?”+ 13 Empa Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe le Arone ’me a ntša taelo ka bona e eang ho bara ba Iseraele le ho Faro, morena oa Egepeta, e le hore a ntše bara ba Iseraele naheng ea Egepeta.+
14 Tsena ke lihlooho tsa matlo a bo-ntat’a bona: Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele,+ e ne e le Hanoke le Palu, Hezrone le Karmi.+ Ana ke malapa a Rubene.+
15 Bara ba Simeone e ne e le Jemuele le Jamine le Ohade le Jakine le Zohare le Shaule mora oa mosali oa Mokanana.+ Ana ke malapa a Simeone.+
16 Ana ke mabitso a bara ba Levi,+ ho ea ka masika a bona:+ Gershone le Kohathe le Merari.+ Lilemo tsa bophelo ba Levi e bile lilemo tse lekholo le mashome a mararo a metso e supileng.
17 Bara ba Gershone e ne e le Libni le Shimei,+ ho ea ka malapa a bona.+
18 Bara ba Kohathe e ne e le Amrame le Izehare le Hebrone le Uziele.+ Lilemo tsa bophelo ba Kohathe e bile lilemo tse lekholo le mashome a mararo a metso e meraro.
19 Bara ba Merari e ne e le Maheli le Mushi.+
Ana e ne e le malapa a Balevi, ho ea ka masika a bona.+
20 Joale Amrame a nka rakhali’ae Jokebede hore e be mosali oa hae.+ Hamorao a mo tsoalla Arone le Moshe.+ Lilemo tsa bophelo ba Amrame e bile lilemo tse lekholo le mashome a mararo a metso e supileng.
21 Bara ba Izehare e ne e le Kora+ le Nefege le Zikri.
22 Bara ba Uziele e ne e le Mishaele le Elzafane le Sithri.+
23 Joale Arone a nka Elisheba, morali oa Aminadabe, khaitseli ea Nashone,+ hore e be mosali oa hae. Hamorao a mo tsoalla Nadabe le Abihu, Eleazare le Ithamare.+
24 Bara ba Kora e ne e le Asire le Elkana le Abiasafe.+ Ana e ne e le malapa a Bakore.+
25 Eleazare, mora oa Arone,+ a inkela e mong oa barali ba Putiele hore e be mosali oa hae. Hamorao a mo tsoalla Finease.+
Tsena ke lihlooho tsa bo-ntat’a Balevi, ho ea ka malapa a bona.+
26 Ke Arone le Moshe bao Jehova a itseng ho bona:+ “Ntšang bara ba Iseraele naheng ea Egepeta ho ea ka mabotho a bona.”+ 27 Ke bona ba neng ba bua le Faro, morena oa Egepeta, hore a ntše bara ba Iseraele Egepeta.+ Ke Moshe le Arone.
28 Eitse letsatsing leo ka lona Jehova a buang le Moshe naheng ea Egepeta,+ 29 Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe, a re: “Ke ’na Jehova.+ Bolella Faro morena oa Egepeta ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke u bolellang eona.” 30 Joale Moshe a re ka pel’a Jehova: “Bona! Molomo oa ka ha oa bolla, kahoo Faro o tla ’mamela joang?”+
7 Ka lebaka leo Jehova a re ho Moshe: “Bona, ke u entse Molimo ho Faro,+ ’me moholoane oa hao Arone e tla ba moprofeta oa hao.+ 2 Uena—u tla bua sohle seo ke tla u laela sona;+ moholoane oa hao Arone o tla bua le Faro,+ ’me o tla tlohela bara ba Iseraele hore ba tsamaee ba tlohe naheng ea hae.+ 3 Ha e le ’na, ke tla tlohela pelo ea Faro hore e be manganga,+ ’me ka sebele ke tla atisa lipontšo tsa ka le mehlolo ea ka naheng ea Egepeta.+ 4 Faro a ke ke a le mamela;+ ’me ke tla lokela ho isa Egepeta letsoho ke ntše mabotho a ka,+ sechaba sa ka,+ bara ba Iseraele,+ naheng ea Egepeta ka likahlolo tse khōlō.+ 5 Ka sebele Baegepeta ba tla tseba hore ke ’na Jehova ha ke otlolla letsoho la ka khahlanong le Egepeta,+ ’me ruri ke tla ntša bara ba Iseraele har’a bona.”+ 6 Moshe le Arone ba etsa kamoo Jehova a ba laetseng kateng.+ Ba fela ba etsa joalo.+ 7 Moshe o ne a le lilemo li mashome a robeli ’me Arone a le lilemo li mashome a robeli a metso e meraro nakong ea ha ba bua le Faro.+
8 Joale Jehova a re ho Moshe le Arone: 9 “Haeba Faro a bua le lōna, a re, ‘Itlhahisetseng mohlolo,’+ joale u re ho Arone, ‘Nka molamu+ oa hao ’me u o lahlele fatše ka pel’a Faro.’ O tla fetoha noha e khōlō.”+ 10 Kahoo Moshe le Arone ba kena ho Faro ’me ba etsa hantle feela joalokaha Jehova a ne a ba laetse. Ka lebaka leo Arone a lahlela molamu oa hae fatše ka pel’a Faro le bahlanka ba hae ’me oa fetoha noha e khōlō. 11 Leha ho le joalo, Faro le eena a bitsa banna ba bohlale le baloi;+ ’me baprista ba Egepeta ba sebelisang boselamose le bona ba etsa ntho e tšoanang ka tsebo ea bona ea boselamose.+ 12 Kahoo e mong le e mong a lahlela molamu oa hae fatše, eaba e fetoha linoha tse khōlō; empa molamu oa Arone oa metsa melamu ea bona. 13 Ho ntse ho le joalo, pelo ea Faro ea e-ba manganga,+ ’me ha aa ka a ba mamela, feela joalokaha Jehova a ne a buile.
14 Joale Jehova a re ho Moshe: “Pelo ea Faro ha e arabele.+ O hanne ho tlohela batho hore ba tsamaee.+ 15 E-ea ho Faro hoseng. Bona! O ea metsing!+ U eme moo ho mo khahlanyetsa moeling oa Nōka ea Nile,+ ’me letsohong la hao u nke molamu o ileng oa fetoha noha.+ 16 ’Me u re ho eena, ‘Jehova Molimo oa Baheberu o nthomile ho uena,+ o re: “Tlohela batho ba ka hore ba tsamaee e le hore ba tle ba ntšebeletse lefeelleng,”+ empa bona! ha ua mamela ho fihlela joale. 17 Sena ke seo Jehova a se boletseng:+ “U tla tseba ka sena hore ke ’na Jehova.+ Bona! ke otla metsi a Nōkeng ea Nile ka molamu o letsohong la ka,+ ’me ka sebele a tla fetoha mali.+ 18 Litlhapi tse Nōkeng ea Nile li tla shoa,+ ’me Nōka ea Nile e tla nkha hampe,+ ’me ho hang Baegepeta ba ke ke ba lakatsa ho noa metsi a Nōka ea Nile.”’”+
19 Ka lebaka leo Jehova a re ho Moshe: “E-re ho Arone, ‘Nka molamu oa hao ’me u otlolle letsoho+ holim ’a metsi a Egepeta, holim ’a linōka tsa bona, holim ’a melatsoana ea Nile le holim ’a matamo a bona+ a nang le lehlaka le holim ’a metsi ’ohle a bona a bokeletsoeng, hore a tle a fetohe mali.’ Ka sebele ho tla ba le mali naheng eohle ea Egepeta le ka lijaneng tsa lehong le ka lijaneng tsa lejoe.” 20 Kapele-pele Moshe le Arone ba etsa joalo,+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse,+ eaba o phahamisa molamu ’me o otla metsi a neng a le Nōkeng ea Nile ka pel’a mahlo a Faro le bahlanka ba hae,+ eaba metsi ’ohle a Nōkeng ea Nile a fetoha mali.+ 21 Litlhapi tse neng li le Nōkeng ea Nile tsa shoa,+ ’me Nōka ea Nile ea qala ho nkha hampe; Baegepeta ha baa ka ba khona ho noa metsi a Nōka ea Nile;+ ’me ha e-ba le mali naheng eohle ea Egepeta.
22 Leha ho le joalo, baprista ba Egepeta ba sebelisang boselamose ba qala ho etsa ntho e tšoanang ka tsebo ea bona ea sephiri;+ hoo pelo ea Faro e ileng ea tsoela pele ho ba manganga,+ ’me ha aa ka a ba mamela, feela joalokaha Jehova a ne a buile.+ 23 Kahoo Faro a reteleha eaba o ea ntlong ea hae, ’me ha aa ka a beha pelo ea hae hore e ele sena hloko ka tsela leha e le efe.+ 24 Baegepeta bohle ba qala ho cheka ho potoloha Nōka ea Nile bakeng sa metsi a nooang, hobane ba ne ba sa khone ho noa metsi leha e le afe a Nōka ea Nile.+ 25 Ha phethahala matsatsi a supileng ka mor’a hore Jehova a otle Nōka ea Nile.
8 Joale Jehova a re ho Moshe: “Kena ho Faro, ’me u re ho eena, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Tlohela sechaba sa ka hore se tsamaee e le hore se tle se ntšebeletse.+ 2 Haeba u ntse u hana ho se tlohela hore se tsamaee, bona! ke otla naha eohle ea hao ka lihoho.+ 3 Nōka ea Nile e tla nyeunya lihoho, ka sebele li tla nyoloha ’me li kene ka tlung ea hao le kamoreng ea hao ea ho robala e ka hare le holim ’a setulo sa hao se kang bethe le ka matlung a bahlanka ba hao le ho sechaba sa hao le ka liontong tsa hao le ka likotlolong tsa hao tseo ho lubeloang ho tsona.+ 4 Lihoho li tla nyolohela ho uena le ho sechaba sa hao le ho bahlanka bohle ba hao.”’”+
5 Hamorao Jehova a re ho Moshe: “E-re ho Arone, ‘Otlolla letsoho leo u tšoereng molamu+ oa hao ka lona holim ’a linōka, melatsoana ea Nile le matamo a nang le lehlaka ’me u etse hore lihoho li nyolohele naheng ea Egepeta.’” 6 Eaba Arone o otlolla letsoho holim ’a metsi a Egepeta, ’me lihoho tsa qala ho nyoloha le ho koahela naha ea Egepeta. 7 Leha ho le joalo, baprista ba sebelisang boselamose ba etsa ntho e tšoanang ka tsebo ea bona ea sephiri ’me ba etsa hore lihoho li nyolohele naheng ea Egepeta.+ 8 Ka mor’a nako Faro a bitsa Moshe le Arone ’me a re: “Kōpang Jehova+ ka tieo hore a tlose lihoho ho ’na le ho sechaba sa ka, kaha ke batla ho tlohela sechaba hore se tsamaee e le hore se etsetse Jehova sehlabelo.”+ 9 Joale Moshe a re ho Faro: “Khanya e ho ’na e ke e be ho uena ’me u bolele hore na ke etse kōpo e tiileng neng bakeng sa hao le bahlanka ba hao le sechaba sa hao e le hore ho tlosoe lihoho ho lōna le ka matlung a lōna. Li tla siuoa feela Nōkeng ea Nile.” 10 Eaba o re: “Hosasane.” Kahoo a re: “Ho tla etsoa ho ea ka lentsoe la hao, e le hore u ka tseba hore ha ho ea tšoanang le Jehova Molimo oa rōna,+ 11 kaha ka sebele lihoho li tla tloha ho uena le ka matlung a hao le ho bahlanka ba hao le ho batho ba hao. Li tla siuoa feela Nōkeng ea Nile.”+
12 Ka lebaka leo Moshe le Arone ba tsoa ho Faro, ’me Moshe a hoeletsa ho Jehova+ ka lebaka la lihoho tseo A neng a li tliselitse Faro. 13 Joale Jehova a etsa tumellanong le lentsoe la Moshe,+ ’me lihoho tsa qala ho shoa ka matlung, mabaleng le naheng. 14 Eaba ba qala ho li bokella, e le liqubu-qubu, ’me naha ea qala ho nkha hampe.+ 15 Ha Faro a bona hore phomolo e teng, a etsa hore pelo ea hae e se ke ea arabela;+ ’me ha aa ka a ba mamela, feela joalokaha Jehova a ne a buile.+
16 Joale Jehova a re ho Moshe: “E-re ho Arone, ‘Otlolla molamu+ oa hao u otle lerōle la lefatše, ’me le tla fetoha menoang naheng eohle ea Egepeta.’” 17 Eaba ba etsa sena. Kahoo Arone a otlolla letsoho leo a tšoereng molamu oa hae ka lona eaba o otla lerōle la lefatše, ’me menoang ea e-ba holim ’a motho le phoofolo. Lerōle lohle la lefatše la fetoha menoang naheng eohle ea Egepeta.+ 18 Baprista ba sebelisang boselamose ba leka ho etsa se tšoanang ka tsebo ea bona ea sephiri,+ e le hore ba hlahise menoang, empa ha baa ka ba khona.+ Menoang ea e-ba holim ’a motho le phoofolo. 19 Kahoo baprista ba sebelisang boselamose ba re ho Faro: “Ke monoana+ oa Molimo!”+ Empa pelo ea Faro ea tsoela pele ho ba manganga,+ ’me ha aa ka a ba mamela, feela joalokaha Jehova a ne a buile.
20 Joale Jehova a re ho Moshe: “Tsoha hoseng haholo ’me u eme ka pel’a Faro.+ Bona! O ea metsing! ’Me u re ho eena, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Tlohela batho ba ka hore ba tsamaee e le hore ba tle ba ntšebeletse.+ 21 Empa haeba u sa tlohele batho ba ka hore ba tsamaee, bona! ke romela liboba+ ho uena le ho bahlanka ba hao le ho sechaba sa hao le ka matlung a lōna; ’me matlo a Egepeta a tla tlala liboba, le oona mobu oo a leng ho oona. 22 Ka sebele letsatsing leo ke tla etsa hore naha ea Goshene eo batho ba ka ba leng ho eona e khethollehe, hore ho se ke ha e-ba le liboba teng;+ e le hore le tsebe hore ke ’na Jehova har’a lefatše.+ 23 Ruri ke tla beha moeli pakeng tsa sechaba sa ka le sechaba sa hao.+ Hosasane pontšo ena e tla ba teng.”’”
24 Jehova a tsoela pele ho etsa joalo; ’me liboba tse ngata tsa qala ho hlasela matlo a Faro le matlo a bahlanka ba hae le naha eohle ea Egepeta.+ Naha ea senyeha ka lebaka la liboba.+ 25 Qetellong Faro a bitsa Moshe le Arone ’me a re: “Tsamaeang, le e’o etsetsa Molimo oa lōna sehlabelo naheng ena.”+ 26 Empa Moshe a re: “Ha ho lumellehe ho etsa joalo, hobane re tla etsetsa Jehova Molimo oa rōna sehlabelo ka ntho e manyala ho Baegepeta.+ A re re re ne re ka etsa sehlabelo ka ntho e manyala ka pel’a mahlo a Baegepeta; na ba ne ba ke ke ba re tlepetsa ka majoe? 27 Re tla tsamaea leeto la matsatsi a mararo re ee lefeelleng ’me ka sebele re tla etsetsa Jehova Molimo oa rōna sehlabelo feela joalokaha a re boleletse.”+
28 Joale Faro a re: “’Na—ke tla le tlohela hore le tsamaee,+ ’me ka sebele le tla etsetsa Jehova Molimo oa lōna sehlabelo lefeelleng.+ Feela le se ke la ea hōle haholo. Nketsetseng kōpo e tiileng.”+ 29 Joale Moshe a re: “Bona! ke tloha ho uena, ’me ruri ke tla etsa kōpo e tiileng ho Jehova, ’me ka sebele liboba li tla tloha ho Faro, ho bahlanka ba hae le ho sechaba sa hae hosasane. Faro a mpe a se ke a etsa mano hape ka hore a se ke a tlohela sechaba hore se tsamaee ho ea etsetsa Jehova sehlabelo.”+ 30 Ka mor’a moo Moshe a tsoa ho Faro ’me a etsa kōpo e tiileng ho Jehova.+ 31 Kahoo Jehova a etsa ho ea ka lentsoe la Moshe,+ ’me liboba tsa tloha ho Faro, ho bahlanka ba hae le ho sechaba sa hae.+ Ha ho le se seng se ileng sa sala. 32 Leha ho le joalo, Faro a etsa hore pelo ea hae e se ke ea arabela le lekhetlong lena ’me ha aa ka a tlohela sechaba hore se tsamaee.+
9 Ka lebaka leo Jehova a re ho Moshe: “Kena ho Faro ’me u re ho eena,+ ‘Sena ke seo Jehova Molimo oa Baheberu a se boletseng: “Tlohela sechaba sa ka hore se tsamaee e le hore se tle se ntšebeletse. 2 Empa haeba u tsoela pele ho hana ho se tlohela hore se tsamaee ’me u ntse u se tšoere,+ 3 bona! letsoho+ la Jehova le tla liphoofolong tsa hao tse ruiloeng+ tse naheng. Ho tla ba le lefu la seoa+ le matla haholo lipereng, lieseleng, likameleng, mohlapeng oa liphoofolo tse khōlō le mohlapeng oa likhutšoane. 4 Ka sebele Jehova o tla etsa hore ho be le phapang pakeng tsa liphoofolo tse ruiloeng tsa Iseraele le liphoofolo tse ruiloeng tsa Egepeta, ’me ho ke ke ha shoa letho ho sohle seo e leng sa bara ba Iseraele.”’”+ 5 Ho feta moo, Jehova a beha nako, a re: “Hosasane Jehova o tla etsa ntho ena naheng ena.”+
6 Ka lebaka leo Jehova a etsa ntho ena letsatsing le hlahlamang, ’me mefuta eohle ea liphoofolo tse ruiloeng tsa Egepeta ea qala ho shoa;+ empa ha hoa ka ha shoa leha e le ’ngoe ea liphoofolo tse ruiloeng tsa bara ba Iseraele. 7 Joale Faro a romeletsa, ’me, bonang! ho ne ho se le e ’ngoe ea liphoofolo tse ruiloeng tsa Iseraele e neng e shoele. Leha ho le joalo, pelo ea Faro ea tsoela pele ho se arabele,+ ’me ha aa ka a tlohela sechaba hore se tsamaee.
8 Ka mor’a moo Jehova a re ho Moshe le Arone: “Inkeleng mosili oa sebōpi+ le o tlatse matsohong ka bobeli, ’me Moshe a o hasanye nģ’a maholimong mahlong a Faro. 9 O tla fetoha phofo holim ’a naha eohle ea Egepeta, ’me o tla fetoha mathopa a siphohang machachetsi+ ho motho le phoofolo naheng eohle ea Egepeta.”
10 Kahoo ba nka mosili oa sebōpi ’me ba ema ka pel’a Faro, eaba Moshe o o hasanya nģ’a maholimong, ’me oa fetoha mathopa a nang le machachetsi,+ a siphohang ho motho le phoofolo. 11 Baprista ba sebelisang boselamose ha baa ka ba khona ho ema ka pel’a Moshe ka lebaka la mathopa, kahobane baprista ba sebelisang boselamose le Baegepeta bohle ba ne ba tsoile mathopa.+ 12 Empa Jehova a tlohela pelo ea Faro hore e be manganga, ’me ha aa ka a ba mamela, feela joalokaha Jehova a ne a boleletse Moshe.+
13 Joale Jehova a re ho Moshe: “Tsoha hoseng haholo u eme ka pel’a Faro,+ ’me u re ho eena, ‘Sena ke seo Jehova Molimo oa Baheberu a se boletseng: “Tlohela sechaba sa ka hore se tsamaee e le hore se tle se ntšebeletse.+ 14 Etsoe ka nako ena ke romela likotlo tsohle tsa ka khahlanong le pelo ea hao le ho bahlanka ba hao le sechaba sa hao, e le hore u tsebe hore ha ho le ea mong ea tšoanang le ’na lefatšeng lohle.+ 15 Etsoe ka nako ena nka be ke otlile uena le batho ba hao ka lefu la seoa ’me u ka be u felisitsoe lefatšeng.+ 16 Empa, ha e le hantle, ke u bolokile u phela ka lebaka lena,+ ka morero oa hore ke u bontše matla a ka le hore lebitso la ka le boleloe lefatšeng lohle.+ 17 Na u sa ntse u ikhohomosetsa sechaba sa ka ka hore u se ke ua se tlohela hore se tsamaee?+ 18 Bona! hosasane hoo e ka bang ka nako ena ke tla nesa sefako se linaka, seo se kang sona ho seng mohla se kileng sa e-ba teng Egepeta ho tloha letsatsing leo e thehiloeng ka lona ho fihlela joale.+ 19 Joale romeletsa, u tlise moo ho sireletsehileng liphoofolo tsohle tsa hao tse ruiloeng le sohle sa hao se naheng. Motho leha e le ofe le phoofolo e tla fumanoa naheng ’me e sa isoa ka tlung, sefako+ se tla theohela holim ’a eona, ’me e tla lokela ho shoa.”’”
20 Mang kapa mang ea tšabang lentsoe la Jehova har’a bahlanka ba Faro a balehisetsa bahlanka ba hae le liphoofolo tsa hae tse ruiloeng ka matlung,+ 21 empa mang kapa mang ea sa kang a beha pelo ea hae hore e ele hloko lentsoe la Jehova a tlohela bahlanka ba hae le liphoofolo tsa hae tse ruiloeng naheng.+
22 Joale Jehova a re ho Moshe: “Otlollela letsoho+ nģ’a maholimong, hore sefako+ se tle naheng eohle ea Egepeta, holim ’a motho le phoofolo le limela tsohle tsa naha naheng ea Egepeta.” 23 Kahoo Moshe a otlollela molamu oa hae nģ’a maholimong; ’me Jehova a hlahisa lialuma le sefako,+ eaba mollo o theohela lefatšeng, ’me Jehova a ’na a nesa sefako naheng ea Egepeta. 24 Kahoo ha tla sefako, le mollo o tšoelimang har’a sefako. Se ne se le matla haholo, hoo ho neng ho e-s’o be le se tšoanang le sona naheng eohle ea Egepeta ho tloha nakong eo e neng e e-ba sechaba ka eona.+ 25 Sefako sa qala ho otla naha ea Egepeta. Sefako sa otla ntho e ’ngoe le e ’ngoe e naheng, ho tloha ho motho ho ea ho phoofolo, le mefuta eohle ea limela tsa naha; ’me sa ruthutha mefuta eohle ea lifate tsa naha.+ 26 Ke naheng ea Goshene feela, moo bara ba Iseraele ba neng ba le teng, moo ho sa kang ha e-ba le sefako.+
27 Qetellong Faro a romeletsa ’me a bitsa Moshe le Arone a re ho bona: “Ke entse sebe lekhetlong lena.+ Jehova o lokile,+ ’me ’na le sechaba sa ka re fositse. 28 Kōpang Jehova ka tieo hore lialuma tsa Molimo le sefako li khaotse.+ Joale ke ikemiselitse ho le tlohela hore le tsamaee, ’me ha le sa tla lula.” 29 Kahoo Moshe a re ho eena: “Hang ha ke tsoa motseng ke tla otlollela matsoho a ka ho Jehova.+ Lialuma li tla khaotsa ’me sefako ha se sa tla hlola se tsoela pele, e le hore u ka tseba hore lefatše ke la Jehova.+ 30 Ha e le uena le bahlanka ba hao, ke se ke ntse ke tseba hore esita le nakong eo le ke ke la tšaba Jehova Molimo.”+
31 Ho ne ho otliloe folaxe le harese, hobane harese e ne e entse liqoapi ’me folaxe e ne e thuntse.+ 32 Empa koro le maili+ li ne li sa otloa, hobane li ne li le morao ho ea ka nako ea tsona. 33 Joale Moshe a tsoa motseng ho Faro ’me a otlollela matsoho ho Jehova, ’me lialuma le sefako tsa qala ho khaotsa ’me pula ha ea ka ea na lefatšeng.+ 34 Ha Faro a bona hore pula le sefako le lialuma li khaolitse, a qala ho etsa sebe hape le ho etsa hore pelo ea hae e se ke ea arabela,+ eena hammoho le bahlanka ba hae. 35 Pelo ea Faro ea tsoela pele ho ba manganga, ’me ha aa ka a tlohela bara ba Iseraele hore ba tsamaee, feela joalokaha Jehova a ne a boletse ka Moshe.+
10 Joale Jehova a re ho Moshe: “Kena ho Faro, hobane ’na—ke tlohetse pelo ea hae le lipelo tsa bahlanka ba hae hore li se ke tsa arabela,+ e le hore nka beha lipontšo tsena tsa ka pel’a hae,+ 2 le hore u ka bolela moo mora oa hao le mora oa mora oa hao a ntseng a utloa kamoo ke sebetsaneng ka thata kateng le Baegepeta le lipontšo tsa ka tseo ke li tiisitseng har’a bona;+ ’me ka sebele le tla tseba hore ke ’na Jehova.”+
3 Kahoo Moshe le Arone ba kena ho Faro ’me ba re ho eena: “Sena ke seo Jehova Molimo oa Baheberu a se boletseng, ‘U tla hana ho ipeha tlas’a ka halelele hakae?+ Tlohela batho ba ka hore ba tsamaee e le hore ba tle ba ntšebeletse. 4 Etsoe haeba u tsoela pele ho hana ho tlohela batho ba ka hore ba tsamaee, bona! ke tlisa litsie meeling ea hao hosasane.+ 5 Ka sebele li tla koahela bokaholimo bo bonahalang ba lefatše ’me lefatše le ke ke la bonahala; li tla ja sohle se phonyohileng, seo le se sietsoeng ke sefako, ’me ka sebele li tla ja sefate se seng le se seng sa lōna se melang naheng.+ 6 Matlo a hao le matlo a bahlanka bohle ba hao le matlo a Baegepeta bohle a tla tlatsoa ho isa tekanyong eo bo-ntat’ao le bo-ntat’a bo-ntat’ao ba e-s’o ka ba e bona ho tloha letsatsing leo ka lona ba phetseng lefatšeng ho fihlela letsatsing lena.’”+ Eaba oa reteleha ’me o tloha ho Faro.+
7 Ka mor’a moo bahlanka ba Faro ba re ho eena: “Monna enoa e tla ba leraba ho rōna halelele hakae?+ Tlohela sechaba sena hore se tsamaee hore se tle se sebeletse Jehova Molimo oa sona. Na ha u e-s’o tsebe hore Egepeta e senyehile?”+ 8 Kahoo Moshe le Arone ba khutlisetsoa ho Faro, ’me a re ho bona: “Tsamaeang, le e’o sebeletsa Jehova Molimo oa lōna.+ Ke bo-mang ka ho khetheha ba tsamaeang?” 9 Joale Moshe a re: “Re tla tsamaea le bacha ba rōna le maqheku a rōna. Re tla tsamaea le bara ba rōna le barali ba rōna,+ le linku tsa rōna le likhomo tsa rōna,+ etsoe re na le mokete oo re lokelang ho o etsetsa Jehova.”+ 10 Eaba o re ho bona: “Ho ke ho be joalo, hore Jehova o na le lōna ha ke le tlohela hore le tsamaee le bana ba lōna ba banyenyane!+ Bonang, ho fapana le hoo, sepheo sa lōna se sebe.+ 11 Eseng joalo! Ka kōpo, tsamaeang lōna banna ba shahlileng, ’me le sebeletse Jehova, hobane ke seo le batlang ho se fumana.” Eaba ba lelekoa ka pel’a Faro.+
12 Joale Jehova a re ho Moshe: “Otlolla+ letsoho holim ’a naha ea Egepeta bakeng sa litsie, hore li nyolohele naheng ea Egepeta ’me li je limela tsohle tsa naha, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e siiloeng ke sefako.”+ 13 Hang-hang Moshe a otlolla molamu oa hae holim ’a naha ea Egepeta, eaba Jehova o etsa hore moea oa bochabela+ o fokele naheng eo motšehare oo oohle le bosiu bohle. Ea e-ba hoseng ’me moea oa bochabela oa tlisa litsie. 14 Litsie tsa qala ho nyolohela naheng eohle ea Egepeta le ho lula holim ’a sebaka sohle sa Egepeta.+ E ne e le moroalo o boima haholo.+ Pele ho tsona ha ho mohla ho kileng ha e-ba le litsie tse kang tsona ka tsela ena, ’me le ka mohla ho ke ke ha etsahala hore li be teng ka tsela ena ka mor’a tsona. 15 Tsa qala ho koahela bokaholimo bo bonahalang ba naha eohle,+ ’me naha ea fifala;+ tsa tsoela pele ho ja limela tsohle tsa naha le lifate tsohle tsa litholoana tseo sefako se li siileng;+ ’me ha hoa ka ha sala letho le letala lifateng kapa limeleng tsa naha naheng eohle ea Egepeta.+
16 Kahoo ka potlako Faro a bitsa Moshe le Arone eaba o re: “Ke sitetsoe Jehova Molimo oa lōna le lōna.+ 17 Joale ka kōpo, tšoarelang+ sebe sa ka hanngoe lekhetlong lena feela ’me le kōpe+ Jehova Molimo oa lōna ka tieo hore a tlose lefu lena la seoa le bolaeang ho ’na.” 18 Kahoo a tloha ho Faro ’me a kōpa Jehova ka tieo.+ 19 Joale Jehova a etsa hore moea oa bophirimela o sekhahla haholo o lebe hosele, ’me oa tlosa litsie eaba o li khannela Leoatleng le Lefubelu. Ha hoa ka ha sala tsie leha e le ’ngoe sebakeng sohle sa Egepeta. 20 Leha ho le joalo, Jehova a tlohela pelo ea Faro hore e be manganga,+ ’me ha aa ka a tlohela bara ba Iseraele hore ba tsamaee.
21 Joale Jehova a re ho Moshe: “Otlollela letsoho nģ’a maholimong,+ hore lefifi le tle le be teng naheng ea Egepeta ’me lefifi leo le tšoaroe.” 22 Kapele-pele Moshe a otlollela letsoho nģ’a maholimong, eaba lefifi le letšo le qala ho hlaha naheng eohle ea Egepeta ka matsatsi a mararo.+ 23 Ha baa ka ba bonana, ’me ha ho le ea mong oa bona ea ileng a tsoha sebakeng sa hae ka matsatsi a mararo; empa ho ne ho e-na le leseli bakeng sa bara bohle ba Iseraele libakeng tsa bona tsa bolulo.+ 24 Ka mor’a moo Faro a bitsa Moshe ’me a re: “Tsamaeang, le e’o sebeletsa Jehova.+ Ke linku tsa lōna le likhomo tsa lōna feela tse tla thibeloa ho tsamaea. Le ka tsamaea le bana ba lōna ba banyenyane.”+ 25 Empa Moshe a re: “U tla re fa matsohong mahlabelo le linyehelo tsa secheso, kaha re tla fana ka tsona ho Jehova Molimo oa rōna.+ 26 Le liphoofolo tsa rōna tse ruiloeng li tla tsamaea le rōna.+ Ha ho khōla e tla lumelloa ho sala, hobane re tla nka tse ling ho tsona hore re rapele Jehova Molimo oa rōna,+ ’me ha re tsebe seo re tla fana ka sona borapeling ho Jehova ho fihlela re fihla moo.”+ 27 Eaba Jehova o tlohela pelo ea Faro hore e be manganga, ’me ha aa ka a lumela hore a ba tlohele hore ba tsamaee.+ 28 Kahoo Faro a re ho eena: “Tloha ho ’na!+ U itebele! U se ke ua leka ho bona sefahleho sa ka hape, hobane letsatsing leo u tla bona sefahleho sa ka ka lona u tla shoa.”+ 29 Eaba Moshe o re: “Ke tsela eo u buileng ka eona. Nke ke ka hlola ke leka ho bona sefahleho sa hao.”+
11 Jehova a tsoela pele ho re ho Moshe: “Ke tla tlisa kotlo e ’ngoe hape ho Faro le Egepeta. Ka mor’a moo o tla le tlohela hore le tlohe mona.+ Ka nako eo a le tlohelang hore le tsamaee ka ho feletseng, o tla hle a le leleke mona.+ 2 Joale, bua moo sechaba se ntseng se utloa, hore monna e mong le e mong o lokela ho kōpa ho motsoalle oa hae ’me mosali e mong le e mong a kōpe ho motsoalle oa hae lintho tsa silevera le lintho tsa khauta.”+ 3 Ka lebaka leo Jehova a etsa hore sechaba se amohelehe mahlong a Baegepeta.+ Monna enoa Moshe o ne a boetse a le moholo haholo naheng ea Egepeta, mahlong a bahlanka ba Faro le mahlong a sechaba.+
4 Moshe a tsoela pele ho re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Hoo e ka bang har’a mp’a bosiu ke tla tsoela bohareng ba Egepeta,+ 5 ’me letsibolo+ le leng le le leng naheng ea Egepeta le tla shoa, ho tloha ho letsibolo la Faro ea lutseng teroneng ea hae ho isa ho letsibolo la lekhabunyane le leloaleng la letsoho le letsibolo le leng le le leng la phoofolo.+ 6 Ka sebele ho tla hlaha mohoo o moholo naheng eohle ea Egepeta, oo o kang oona ho seng mohla o kileng oa e-ba teng, le oo o kang oona ho seng mohla o tla ba teng hape.+ 7 Empa ha ho ntja e tla bohola bara ba Iseraele, ho tloha ho motho ho ea ho phoofolo;+ e le hore le ka tseba hore Jehova a ka etsa hore ho be le phapang pakeng tsa Baegepeta le bara ba Iseraele.’+ 8 Ka sebele bahlanka bana bohle ba hao ba tla theohela ho ’na ’me ba itihele fatše ka lifahleho ho ’na,+ ba re, ‘Tsamaea, uena le sechaba sohle se latelang mehato ea hao.’ ’Me ka mor’a moo ke tla tsoa.” Eaba o tloha ho Faro a tuka ke bohale.
9 Joale Jehova a re ho Moshe: “Faro a ke ke a le mamela,+ e le hore mehlolo ea ka e eketsoe naheng ea Egepeta.”+ 10 Eaba Moshe le Arone ba etsa mehlolo ena eohle ka pel’a Faro;+ empa Jehova a tlohela pelo ea Faro hore e be manganga, hoo a sa kang a tlohela bara ba Iseraele hore ba tlohe naheng ea hae.+
12 Joale Jehova a re ho Moshe le Arone naheng ea Egepeta: 2 “Khoeli ena e tla ba mathoaso a likhoeli tsa lōna. E tla ba ea pele ho likhoeli tsa selemo bakeng sa lōna.+ 3 Buang le phutheho eohle ea Iseraele, le re, ‘Ka letsatsi la leshome la khoeli ena e mong le e mong o lokela ho inkela nku+ bakeng sa ntlo ea baholo-holo, nku bakeng sa ntlo ka ’ngoe. 4 Empa haeba lelapa le le lenyenyane haholo bakeng sa nku, joale eena le moahelani oa hae ea haufi ba e ise ka tlung ea hae ho ea ka palo ea meea; mabapi le nku le lokela ho lekanyetsa e mong le e mong ho ea ka ho ja ha hae. 5 Nku e lokela ho ba e phetseng hantle,+ e tona, e nang le selemo, bakeng sa lōna.+ Le ka ’na la khetha lipheleung tse nyenyane kapa lipōling. 6 E tla tsoela pele tlas’a tšireletso ea lōna ho fihlela ka letsatsi la leshome le metso e mene la khoeli ena,+ ’me phutheho eohle ea seboka sa Iseraele e tla e hlaba pakeng tsa lishoalane tse peli.+ 7 Ba nke mali a mang ’me ba a qaphaletse likoseneng tse peli tsa monyako le karolong e ka holimo ea monyako matlong ao ba tla e jela ho ’ona.+
8 “‘Ba tla ja nama bosiung bona.+ Ba lokela ho e ja e besitsoe mollong le mahobe a sa lomosoang+ hammoho le meroho e babang.+ 9 Le se ke la ja leha e le efe ea eona e le tala kapa e belisitsoe, e phehiloe ka metsi, empa e besoe mollong, hlooho ea eona hammoho le litlhakoana tsa eona le likahare tsa eona. 10 Le se ke la siea karolo leha e le efe ea eona ho fihlela hoseng, empa se salang ho eona ho fihlela hoseng le se chese mollong.+ 11 Le lokela ho e ja ka tsela ena, le itlamile matheka,+ le roetse meqathatso+ maotong ’me le tšoere mare a lōna matsohong; le e je ka potlako. Ke paseka ea Jehova.+ 12 Ke tla feta naheng ea Egepeta bosiung+ bona ’me ke bolaee letsibolo le leng le le leng naheng ea Egepeta, ho tloha ho motho ho ea ho phoofolo;+ ke tla phethisa likahlolo ho melimo eohle ea Egepeta.+ Ke ’na Jehova.+ 13 Mali e tla ba pontšo ea lōna ka matlung ao le leng ho ’ona; ke tla bona mali ’me ke le fete,+ ’me le ke ke la oeloa ke kotlo e senyang ha ke otla naha ea Egepeta.
14 “‘Letsatsi lena e tla ba sehopotso ho lōna, ’me le le keteke e le mokete oa Jehova melokong eohle ea lōna. Le lokela ho le keteka e le taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang. 15 Le tla ja mahobe a sa lomosoang ka matsatsi a supileng. E, ka letsatsi la pele le tla tlosa hlama e bolila ka matlung a lōna, hobane mang kapa mang ea jang se lomositsoeng, ho tloha ka letsatsi la pele ho fihlela ho la bosupa,+ moea oo o tla felisoa Iseraele.+ 16 Ka letsatsi la pele le tla ba le kopano e halalelang, ’me ka letsatsi la bosupa le be le kopano e halalelang.+ Ha ho mosebetsi o tla etsoa ka matsatsi ao.+ Ke feela seo moea o mong le o mong o hlokang ho se ja, seo ke sona feela seo le ka se etsetsoang.+
17 “‘Le tla boloka mokete oa mahobe a sa lomosoang,+ hobane ka lona letsatsi lena ke tla ntša mabotho a lōna naheng ea Egepeta. Le tla boloka letsatsi lena melokong ea lōna e le taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang. 18 Ka khoeli ea pele, ka letsatsi la leshome le metso e mene la khoeli, ka shoalane le tla ja mahobe a sa lomosoang ho fihlela ka letsatsi la mashome a mabeli a motso o mong la khoeli ka shoalane.+ 19 Ka matsatsi a supileng ho se ke ha fumanoa hlama e bolila ka matlung a lōna, hobane mang kapa mang ea latsoang se lomositsoeng, ebang ke mojaki kapa letsoalloa la naha,+ moea oo o tla felisoa phuthehong ea Iseraele.+ 20 Le se ke la ja letho le lomositsoeng. Libakeng tsohle tsa lōna tsa bolulo le tla ja mahobe a sa lomosoang.’”
21 Ka potlako Moshe a bitsa banna bohle ba baholo ba Iseraele+ ’me a re ho bona: “Ntšang ’me le inkele likhutšoane ho ea ka malapa a lōna, ’me le hlabe phofu ea paseka.+ 22 Le nke lesihla la hysopa+ ’me le le qopetse maling a ka beisineng ’me le fafatse karolo e ka holimo ea monyako le likosene tse peli tsa monyako ka mali a ka beisineng; ho se ke ha e-ba le ea mong ho lōna ea tsoelang ka ntle ho monyako oa ntlo ea hae ho fihlela hoseng. 23 Joale ha Jehova a feta ho ea otla Baegepeta ’me a bona mali a karolong e ka holimo ea monyako le likoseneng tse peli tsa monyako, ka sebele Jehova o tla feta monyako oo, ’me a ke ke a lumella hore tšenyo e kene ka matlung a lōna ho le otla.+
24 “Le tla boloka ntho ena e le molao oa tsamaiso+ bakeng sa lōna le bara ba lōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 25 Etlare ha le kena naheng eo Jehova a tla le fa eona, feela joalokaha a boletse, joale le tla boloka tšebeletso ena.+ 26 Etlare ha bara ba lōna ba re ho lōna, ‘Tšebeletso ee e bolela’ng ho lōna?’+ 27 joale le tla re, ‘Ke sehlabelo sa paseka ea Jehova,+ ea fetileng matlo a bara ba Iseraele Egepeta ha a otla Baegepeta, empa a lopolla matlo a rōna.’”
Joale sechaba sa inama ’me sa itihela fatše ka lifahleho.+ 28 Ka mor’a moo bara ba Iseraele ba ea ’me ba etsa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe le Arone.+ Ba fela ba etsa joalo.
29 Eitse har’a mp’a bosiu Jehova a otla letsibolo le leng le le leng naheng ea Egepeta,+ ho tloha ho letsibolo la Faro ea lutseng teroneng ea hae ho isa ho letsibolo la moholehuoa ea mokoting oa chankana, le letsibolo le leng le le leng la phoofolo.+ 30 Joale Faro a tsoha bosiu, eena le bahlanka ba hae bohle le Baegepeta ba bang kaofela; ’me ha qaleha seboko se seholo har’a Baegepeta,+ kahobane ho ne ho se ntlo eo ho neng ho se na mofu ho eona. 31 Hang-hang a bitsa+ Moshe le Arone bosiu eaba o re: “Tsohang, le tsoe har’a sechaba sa ka, lōna le bara ba bang ba Iseraele, ’me le tsamaee, le sebeletse Jehova, feela joalokaha le boletse.+ 32 Nkang mehlape ea lōna ea likhutšoane le mehlape ea lōna ea liphoofolo tse khōlō, feela joalokaha le boletse,+ ’me le tsamaee. Ho phaella moo, le ntlhohonolofatse.”
33 Eaba Baegepeta ba qala ho phehella sechaba e le hore ba se ntše naheng eo kapele,+ “hobane,” ba ne ba re, “kaofela ho tšoana leha re shoele!”+ 34 Ka lebaka leo sechaba sa nka hlama ea sona pele e bela, se phuthetse ka liaparo tsa sona tsa ka holimo likotlolo tsa sona tseo ho lubeloang ho tsona tseo se li jereng mahetleng. 35 Bara ba Iseraele ba etsa ho ea ka lentsoe la Moshe ka hore ebe ba ile ba qala ho kōpa lintho tsa silevera le lintho tsa khauta le liaparo tsa ka holimo ho Baegepeta.+ 36 Eaba Jehova o etsa hore sechaba se amohelehe mahlong a Baegepeta,+ hoo ba ileng ba se neha seo se se kōpileng;+ ’me sa nkela Baegepeta sohle.+
37 Bara ba Iseraele ba tloha Ramsese+ ba ea Sukothe,+ e le palo ea banna ba shahlileng ba likete tse makholo a tšeletseng ba tsamaeang ka maoto, ntle ho bana ba banyenyane.+ 38 Hape le sehlopha se seholo se tsoakaneng+ sa tsamaea le bona, hammoho le mehlape ea likhutšoane le mehlape ea liphoofolo tse khōlō, liphoofolo tse ngata haholo tse ruiloeng. 39 Eaba ba qala ho apeha hlama eo ba neng ba tlile le eona ha ba tsoa Egepeta ba e etsa lipolokoe, mahobe a sa lomosoang, hobane e ne e sa bela, etsoe ba ne ba lelekiloe Egepeta ’me ba sa ka ba lieha hape ba ne ba sa itokisetsa mefaho.+
40 Nako ea ho lula ha bara ba Iseraele, ba neng ba lutse+ Egepeta,+ e bile lilemo tse makholo a mane le mashome a mararo.+ 41 Eitse bofelong ba lilemo tse makholo a mane le mashome a mararo, ka lona letsatsi lena mabotho ’ohle a Jehova a tsoa naheng ea Egepeta.+ 42 Ke bosiu bo lokelang ho bolokeloa Jehova ha a ba ntšitse naheng ea Egepeta. Ke bosiu boo bara bohle ba Iseraele melokong eohle ea bona ba lokelang ho bo bolokela Jehova.+
43 Eaba Jehova o tsoela pele ho re ho Moshe le Arone: “Ena ke taelo e hlomamisitsoeng ea paseka:+ Ha ho motho osele ea ka e jang.+ 44 Empa moo ho nang le lekhoba leha e le lefe la monna le rekiloeng ka chelete, le le bolotse.+ Joale le ka qala ho e ja. 45 Mojaki le mosebetsi ea hiriloeng ba se ke ba e ja. 46 E tla jeloa ka tlung e le ’ngoe. Le se ke la ntšetsa nama leha e le efe ka ntle ho ntlo ho e isa sebakeng se itseng ka ntle. ’Me le se ke la e roba lesapo.+ 47 Phutheho eohle ea Iseraele e tla e keteka.+ 48 Haeba mojaki a lula e le mojaki le lōna ’me a tla etsetsa Jehova paseka, ho bolotsoe e mong le e mong oa hae e motona.+ Joale a ka qala ho atamela hore a e keteke; ’me o tla ba joaloka letsoalloa la naha. Empa ho se ke ha e-ba le monna ea sa bollang ea tla e ja. 49 Ho tla ba le molao o le mong bakeng sa letsoalloa le bakeng sa mojaki ea lulang e le mojaki har’a lōna.”+
50 Kahoo bara bohle ba Iseraele ba etsa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe le Arone. Ba fela ba etsa joalo.+ 51 Eitse ka lona letsatsi lena Jehova a ntša bara ba Iseraele hammoho le mabotho+ a bona naheng ea Egepeta.
13 Jehova a bua ka ho eketsehileng le Moshe, a re: 2 “Halaletsang bakeng sa ka letsibolo le leng le le leng le letona le bulang pōpelo e ’ngoe le e ’ngoe har’a bara ba Iseraele, har’a batho le liphoofolo. Ke la ka.”+
3 Moshe a tsoela pele ho re ho sechaba: “Ho ke ho hopoloe letsatsi lena leo ka lona le tsoileng Egepeta,+ ntlong ea makhoba, hobane Jehova o le ntšitse teng ka letsoho le matla.+ Kahoo ho se ke ha jeoa letho le lomositsoeng.+ 4 Kajeno le tsoa ka khoeli ea Abibe.+ 5 Etlare ha Jehova a le tlisitse naheng ea Bakanana le Bahethe le Baamore le Baheve le Bajebuse,+ eo a hlapanyelitseng baholo-holo ba lōna hore o tla le fa eona,+ naha e phallang lebese le mahe a linotši,+ joale le tla etsa tšebeletso ena ka khoeli ena. 6 Le tla ja mahobe a sa lomosoang ka matsatsi a supileng,+ ’me ka letsatsi la bosupa ke mokete oa Jehova.+ 7 Mahobe a sa lomosoang a tla jeoa ka matsatsi a supileng;+ ho se ke ha bonoa letho le lomositsoeng ho lōna,+ ’me ho se ke ha bonoa ho lōna hlama e bolila meeling eohle ea lōna.+ 8 Ka letsatsi leo u tla bolella mora oa hao, u re, ‘Ke ka lebaka la seo Jehova a nkentseng sona ha ke tsoa Egepeta.’+ 9 E tla ba pontšo letsohong la hao ’me e be sehopotso pakeng tsa mahlo a hao,+ e le hore molao oa Jehova o ka ba molomong oa hao;+ hobane Jehova o u ntšitse Egepeta ka letsoho le matla.+ 10 U tla boloka taelo ena e hlomamisitsoeng ka nako ea eona e behiloeng selemo le selemo.+
11 “Etlare ha Jehova a u tlisa naheng ea Bakanana,+ feela joalokaha a hlapanyelitse uena le baholo-holo ba hao,+ ’me ha a u fa eona, 12 joale u tla nehela ho Jehova e mong le e mong ea bulang pōpelo,+ le letsibolo le leng le le leng, la namane ea phoofolo,+ leo e tla ba la hao. Tse tona ke tsa Jehova.+ 13 U tla lopolla letsibolo le leng le le leng la esele ka nku, ’me haeba u sa le lopolle, joale u tla le roba molala.+ U tla lopolla letsibolo le leng le le leng la motho har’a bara ba hao.+
14 “Etlare haeba mora oa hao a u botsa hamorao,+ a re, ‘See se bolela’ng?’ joale u tla re ho eena, ‘Jehova o re ntšitse Egepeta,+ ntlong ea makhoba,+ ka letsoho le matla. 15 Faro a bontša manganga mabapi le hore a re tlohele hore re tsamaee,+ eaba Jehova o bolaea letsibolo le leng le le leng naheng ea Egepeta,+ ho tloha ho letsibolo la motho ho ea ho letsibolo la phoofolo.+ Ke ka lebaka leo ke etsetsang Jehova sehlabelo ka bohle ba batona ba bulang pōpelo,+ ’me ke lopolla letsibolo le leng le le leng la bara ba ka.’+ 16 E tla ba pontšo letsohong la hao le lebanta le roaloang phatleng pakeng tsa mahlo a hao,+ hobane Jehova o re ntšitse Egepeta ka letsoho le matla.”+
17 Eitse ha Faro a tlohela sechaba hore se tsamaee Molimo ha aa ka a se tsamaisa ka tsela ea naha ea Bafilista leha e ne e le haufi, etsoe Molimo o ile a re: “Mohlomong sechaba se tla ikutloa se soabile ha se bona ntoa ’me ka sebele se tla khutlela Egepeta.”+ 18 Kahoo Molimo a etsa hore sechaba se potolohe ka tsela ea lefeella la Leoatle le Lefubelu.+ Empa bara ba Iseraele ba ile ba nyoloha naheng ea Egepeta ka tlhophiso ea ntoa.+ 19 Moshe o ne a nkile masapo a Josefa, hobane o ne a hlapantšitse bara ba Iseraele ka tieo, a re: “Ruri Molimo o tla lebisa tlhokomelo ea hae ho lōna,+ ’me le tla nka masapo a ka ha le tloha mona.”+ 20 Ba tloha Sukothe ’me ba hloma liahelo Ethame moeling oa lefeella.+
21 Motšehare Jehova o ne a ba etella pele ka topallo ea leru ho ba tsamaisa tseleng,+ ’me bosiu ka topallo ea mollo ho ba fa leseli hore ba tsamaee motšehare le bosiu.+ 22 Topallo ea leru e ne e sa tlohe ka pel’a sechaba motšehare leha e le topallo ea mollo bosiu.+
14 Joale Jehova a bua le Moshe, a re: 2 “Bua le bara ba Iseraele, hore ba khutle ’me ba hlome liahelo ka pel’a Pihahirothe pakeng tsa Migdole le leoatle ka pel’a Baale-zefone.+ Le tla hloma litente ka pel’a eona pel’a leoatle. 3 Joale ka sebele Faro o tla re mabapi le bara ba Iseraele, ‘Ba hlahlathela ka ho ferekana naheng. Lefeella le ba teetse hare.’+ 4 Kahoo ke tla tlohela pelo ea Faro hore e be manganga,+ ka sebele o tla ba lelekisa ’me ke tla itlotlisa ka Faro le mabotho ’ohle a hae a sesole;+ ’me ka sebele Baegepeta ba tla tseba hore ke ’na Jehova.”+ Tumellanong le hoo ba fela ba etsa joalo.
5 Hamorao ha tlaleheloa morena oa Egepeta hore sechaba se balehile. Kapele-pele pelo ea Faro hammoho le lipelo tsa bahlanka ba hae tsa koenehela sechaba seo,+ hoo ba ileng ba re: “Ke eng see seo re se entseng, hore ebe re tloheletse Baiseraele hore ba tsamaee hore e se ke ea hlola e e-ba makhoba a rōna?”+ 6 Kahoo a lokisa likoloi tsa hae tsa ntoa, eaba o tsamaea le sechaba sa hae.+ 7 Eaba o nka likoloi+ tse khethiloeng tse makholo a tšeletseng le likoloi tse ling tsohle tsa Egepeta ’me bahlabani ba le ho e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona. 8 Kahoo Jehova a tlohela pelo ea Faro morena oa Egepeta hore e be manganga,+ eaba o qala ho lelekisa bara ba Iseraele, ha bara ba Iseraele ba ntšoa ka letsoho le phahamisitsoeng.+ 9 Baegepeta ba qala ho ba lelekisa, ’me lipere tsohle tsa likoloi tsa Faro le banna ba hae ba palameng lipere+ le mabotho a hae ba ba fihlela ha ba ntse ba hlomme liahelo pel’a leoatle, pel’a Pihahirothe ka pel’a Baale-zefone.+
10 Ha Faro a atamela, bara ba Iseraele ba qala ho phahamisa mahlo ’me bonang! Baegepeta ba ne ba tla ka mor’a bona; bara ba Iseraele ba tšoha haholo eaba ba qala ho hoeletsa ho Jehova.+ 11 Ba re ho Moshe: “Na ke kahobane ho hang ho se na libaka tsa lepato Egepeta hore ebe u re tlisitse moo ho tla shoella lefeelleng?+ Ke eng see seo u re entseng sona ka ho re ntša Egepeta? 12 Na lee hase lentsoe leo re u boleletseng lona Egepeta, ra re, ‘Re tlohele re sebeletse Baegepeta’? Etsoe ho molemo hore re sebeletse Baegepeta ho e-na le hore re shoelle lefeelleng.”+ 13 Joale Moshe a re ho sechaba: “Le se ke la tšoha.+ Emang le tiile ’me le bone poloko ea Jehova, eo a tla le etsetsa eona kajeno.+ Etsoe Baegepeta bao le ba bonang kajeno le ke ke la ba bona hape, che, le ka mohla.+ 14 Jehova o tla le loanela,+ ’me le tla khutsa.”
15 Joale Jehova a re ho Moshe: “Ke hobane’ng ha u ntse u hoeletsa ho ’na?+ Bolella bara ba Iseraele hore ba hlomolle liahelo. 16 Ha e le uena, phahamisa molamu+ oa hao ’me u otlolle letsoho holim ’a leoatle u le arole,+ e le hore bara ba Iseraele ba ka tšela bohareng ba leoatle moo ho omileng.+ 17 Ha e le ’na, bona! ke tlohela lipelo tsa Baegepeta hore li be manganga,+ e le hore ba kene ka mor’a bona e le hore ke itlotlise ka Faro le lebotho lohle la hae la sesole, likoloi tsa hae tsa ntoa le banna ba hae ba palameng lipere.+ 18 Ka sebele Baegepeta ba tla tseba hore ke ’na Jehova ha ke itlotlisa ka Faro, likoloi tsa hae tsa ntoa le banna ba hae ba palameng lipere.”+
19 Joale lengeloi+ la Molimo oa ’nete le neng le etella sehlopha sa Iseraele pele la tloha ’me la ea ka mor’a sona, ’me topallo ea leru ea tloha ka pel’a sona ea ema ka mor’a sona.+ 20 Kahoo ea kena pakeng tsa sehlopha sa Baegepeta le sehlopha sa Iseraele.+ Ka lehlakoreng le leng ea e-ba leru hammoho le lefifi. Ka lehlakoreng le leng ea ’na ea khantša bosiu.+ Sehlopha sena ha sea ka sa atamela sehlopha sane bosiu bohle.
21 Joale Moshe a otlolla letsoho la hae holim ’a leoatle;+ eaba Jehova o qala ho khutlisetsa leoatle morao ka moea o matla oa bochabela bosiu bohle le ho fetola boliba ba leoatle mobu o omileng,+ ’me metsi a aroloa.+ 22 Qetellong bara ba Iseraele ba tšela bohareng ba leoatle moo ho omileng,+ ha metsi e le lebota ho bona ka letsohong la bona le letona le le letšehali.+ 23 Baegepeta ba tsoela pele ho ba lelekisa, ’me lipere tsohle tsa Faro, likoloi tsa hae tsa ntoa le banna ba hae ba palameng lipere ba qala ho kena ka mor’a bona,+ har’a leoatle. 24 Eitse nakong ea tebelo ea hoseng Jehova a qala ho sheba sehlopheng sa Baegepeta a le har’a topallo ea mollo le leru,+ eaba o qala ho ferekanya sehlopha sa Baegepeta.+ 25 A ’na a ntša mabili likoloing tsa sona hoo se neng se li khanna ka thata;+ ’me Baegepeta ba qala ho re: “A re baleheng hore ho hang re se ke ra kopana le Baiseraele, hobane ka sebele Jehova o ba loanela ho Baegepeta.”+
26 Qetellong Jehova a re ho Moshe: “Otlolla letsoho holim ’a leoatle,+ hore metsi a khutlele holim ’a Baegepeta, likoloing tsa bona tsa ntoa le ho banna ba bona ba palameng lipere.” 27 Hang-hang Moshe a otlolla letsoho holim ’a leoatle, ’me leoatle la qala ho khutlela boemong ba lona bo tloaelehileng ha e se e tla ba hoseng. Nakong ena eohle Baegepeta ba ne ba baleha hore ba se ke ba teana le lona, empa Jehova a lihela Baegepeta ka har’a leoatle.+ 28 Metsi a ’na a khutla.+ Qetellong a koahela likoloi tsa ntoa le banna ba palameng lipere ba mabotho ’ohle a sesole a Faro le ba ileng ba kena leoatleng ka mor’a bona.+ Ha ho le ea mong oa bona ea ileng a sala.+
29 Ha e le bara ba Iseraele, ba tsamaea moo ho omileng bohareng ba leoatle,+ ’me ho bona metsi e ne e le lebota ka letsohong le letona le ka ho le letšehali.+ 30 Kahoo letsatsing leo Jehova a pholosa Baiseraele letsohong la Baegepeta,+ ’me Baiseraele ba bona Baegepeta ba shoeletse lebōpong la leoatle.+ 31 Baiseraele ba boela ba bona letsoho le leholo leo Jehova a le sebelisitseng khahlanong le Baegepeta; eaba sechaba se qala ho tšaba Jehova le ho beha tumelo ho Jehova le ho mohlanka oa hae Moshe.+
15 Ka nako eo Moshe le bara ba Iseraele ba qala ho binela Jehova pina ena ’me ba bua se latelang:+
“E-re ke binele Jehova, kaha o phahame haholo.+
O lahletse pere le mopalami oa eona ka leoatleng.+
2 Matla a ka le bonatla ba ka ke Jah,+ etsoe ke poloko ea ka.+
Enoa ke Molimo oa ka, ’me ke tla mo roka;+ ke Molimo oa Ntate,+ ’me ke tla mo phahamisetsa holimo.+
3 Jehova ke mohale oa ntoa.+ Jehova ke lebitso la hae.+
4 O lahletse likoloi tsa Faro le mabotho a hae a sesole leoatleng,+
’Me bahlabani ba hae ba khethehileng ba tebiselitsoe ka Leoatleng le Lefubelu.+
5 Metsi a bilohang a ba koahetse;+ ba theohetse bolibeng joaloka lejoe.+
6 Jehova, letsoho la hao le letona le na le bokhoni bo matla,+
Jehova, letsoho la hao le letona le ka tamukanya sera.+
7 Ka bophahamo ba hao bo boholo u ka liha ba u tsohelang matla;+
U romela bohale ba hao bo tukang, bo ba ja joaloka litlhaka.+
8 Ka phefumoloho e tsoang linkong+ tsa hao metsi a ile a bokelloa;
A ema joaloka letamo la meroallo;
Metsi a bilohang a hoama bohareng ba leoatle.
9 Sera sa re, ‘Ke tla ba lelekisa!+ Ke tla ba tšoara!+
Ke tla arola thepa e hapuoeng!+ Moea oa ka o tla tlatsoa ke bona!
Ke tla tsomula sabole ea ka! Letsoho la ka le tla ba leleka!’+
10 U bulutse ka phefumoloho+ ea hao, leoatle la ba koahela;+
Ba teba joaloka loto metsing a phahameng.+
11 Ke mang har’a melimo ea joaloka uena, Jehova?+
Ke mang ea joaloka uena, ea matla khalalelong?+
Ea lokelang ho tšajoa+ ka lipina tsa thoriso,+ Ea etsang limakatso.+
12 U otlolotse letsoho la hao le letona,+ lefatše la ba metsa.+
13 Ka mosa oa hao o lerato u tsamaisitse sechaba seo u se lopolotseng;+
Ka sebele ka matla a hao u tla se isa sebakeng sa hao sa bolulo se halalelang.+
15 Ka nako eo baeta-pele ba Edomo ba tla khathatseha;
Ha e le bahatelli ba Moabe, ba tla tšoaroa ke ho thothomela.+
Baahi bohle ba Kanana ba tla nyahama.+
16 Ba tla tšoha ’me ba tšabe.+
Ka lebaka la boholo ba letsoho la hao e tla ba ba sa sisinyeheng joaloka lejoe,
Ho fihlela sechaba+ sa hao se feta, Jehova,
17 U tla se tlisa ’me u se hlome thabeng ea lefa la hao,+
Sebakeng se tiisitsoeng seo u lokiselitseng hore u lule ho sona,+ Jehova,
Sehalalelong,+ Jehova, seo matsoho a hao a se tiisitseng.
18 Jehova o tla busa e le morena ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.+
19 Ha lipere+ tsa Faro le likoloi tsa hae tsa ntoa le banna ba hae ba palameng lipere ba kena leoatleng,+
Joale Jehova a khutlisetsa metsi a leoatle holim ’a bona,+
Ha bara ba Iseraele ba tsamaea moo ho omileng bohareng ba leoatle.”+
20 Eaba Miriame moprofeta oa mosali, khaitseli ea Arone,+ o nka moropa o monyenyane letsohong la hae;+ ’me basali bohle ba qala ho tsoa le eena ka meropa e menyenyane ’me ba etsa metjeko.+ 21 Miriame a ’na a arabela banna:+
22 Hamorao Moshe a etsa hore Baiseraele ba tlohe Leoatleng le Lefubelu ’me ba tloha ba ea lefeelleng la Shure+ eaba ba tsamaea ka matsatsi a mararo lefeelleng, empa ha baa ka ba fumana metsi.+ 23 Ka mor’a nako ba fihla Mara,+ empa ba ne ba sa khone ho noa metsi a Mara hobane a ne a baba. Ke ka lebaka leo a ileng a reha sebaka seo lebitso la Mara.+ 24 Eaba batho ba qala ho korotlela Moshe,+ ba re: “Re tla noa’ng?” 25 Joale a hoeletsa ho Jehova.+ Kahoo Jehova a mo supisa sefate, eaba o se lahlela ka metsing ’me metsi a e-ba monate.+
Moo A ba tiisetsa molao oa tsamaiso le nyeoe ea kahlolo ’me a ba leka.+ 26 A tsoela pele ho re: “Haeba le tla mamela ka tieo lentsoe la Jehova Molimo oa lōna ’me le etse se nepahetseng mahlong a hae ’me le mamele litaelo tsa hae le ho boloka melao eohle ea hae,+ nke ke ka le tlisetsa lefu leo ke ileng ka le tlisetsa Baegepeta;+ hobane ke ’na Jehova ea le folisang.”+
27 Ka mor’a moo ba fihla Elime, moo ho neng ho e-na le liliba tsa metsi tse leshome le metso e ’meli le lifate tsa palema+ tse mashome a supileng. Kahoo ba qala ho hloma liahelo moo pel’a metsi.
16 Hamorao ba tloha Elime,+ ’me qetellong phutheho eohle ea bara ba Iseraele ea fihla lefeelleng la Sine,+ le pakeng tsa Elime le Sinai, ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la khoeli ea bobeli ka mor’a hore ba tsoe naheng ea Egepeta.
2 Phutheho eohle ea bara ba Iseraele ea qala ho korotlela Moshe le Arone lefeelleng.+ 3 Bara ba Iseraele ba ’na ba re ho bona: “Hoja ra bolaoa+ ke letsoho la Jehova naheng ea Egepeta ha re ne re lutse pel’a lipitsa tsa nama,+ ha re ne re ja bohobe ho fihlela re khotše, hobane le re tlisitse lefeelleng lena hore phutheho ena eohle e bolaoe ke tlala.”+
4 Joale Jehova a re ho Moshe: “Bonang! ke le nesetsa bohobe bo tsoang maholimong;+ sechaba se tla tsoa ’me e mong le e mong a nke ho mo lekaneng letsatsi le letsatsi,+ e le hore nka se leka hore na ebe se tla tsamaea molaong oa ka kapa che.+ 5 Ka letsatsi la botšelela+ se tla lokisa hoo se tla ho tlisa, ’me e tla ba habeli ho hoo se ntseng se ho nka letsatsi le letsatsi.”+
6 Kahoo Moshe le Arone ba re ho bara bohle ba Iseraele: “Ka sebele ka shoalane le tla tseba hore ke Jehova ea le ntšitseng naheng ea Egepeta.+ 7 Hoseng le tla bona khanya ea Jehova,+ hobane o utloile ho korotlela ha lōna Jehova. ’Me rōna re eng hore le re korotlele?” 8 Moshe a tsoela pele: “Ho tla ba joalo ka shoalane ha Jehova a le fa nama hore le e je ’me hoseng a le fa bohobe ho fihlela le khotše, hobane Jehova o utloile ho mo korotlela ha lōna. ’Me re eng? Ha le korotlele rōna, empa le korotlela Jehova.”+
9 Moshe a tsoela pele ho re ho Arone: “E-re ho phutheho eohle ea bara ba Iseraele, ‘Atamelang ka pel’a Jehova, hobane o utloile ho korotla ha lōna.’”+ 10 Joale eare hang ha Arone a buile le phutheho eohle ea bara ba Iseraele, ba reteleha ’me ba sheba nģ’a lefeelleng, ’me bonang! khanya ea Jehova ea bonahala lerung.+
11 Eaba Jehova o bua ka ho eketsehileng le Moshe, o re: 12 “Ke utloile ho korotla ha bara ba Iseraele.+ Bua le bona, u re, ‘Pakeng tsa lishoalane tse peli le tla ja nama ’me hoseng le tla khora bohobe;+ ’me ka sebele le tla tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa lōna.’”+
13 Tumellanong le hoo ka shoalane likoekoe+ tsa qala ho hlaha ’me tsa koahela liahelo, ’me hoseng phoka e ne e letse ho potoloha liahelo.+ 14 Ka mor’a nako phoka e letseng ea fetoha mouoane ’me bonang! holim ’a lefeella ho ne ho e-na le ntho e makhekhebu,+ e tšesaane joaloka serame+ holim ’a lefatše. 15 Ha bara ba Iseraele ba e bona, ba qala ho buisana ba re: “Ke eng?” Etsoe ba ne ba sa tsebe hore na ke eng. Kahoo Moshe a re ho bona: “Ke bohobe boo Jehova a le fileng bona hore le bo je.+ 16 Lena ke lentsoe leo Jehova a le laetseng, ‘Nkang bo bong ba bona, e mong le e mong ka ho lekana ho ja ha hae. Le tla nka tekanyo ea omere+ bakeng sa motho ka mong ho ea ka palo ea meea eo e mong le e mong oa lōna a nang le eona ka tenteng ea hae.’” 17 Eaba bara ba Iseraele ba qala ho etsa joalo; ba qala ho bo thonaka, ba bang ba bokella bo bongata ’me ba bang ba bokella bo bonyenyane. 18 Ha ba bo lekanya ka omere, ea neng a bokeletse bo bongata ha aa ka a ba le bo setseng ’me ea neng a bokeletse bo bonyenyane ha aa ka a ba le khaello.+ E mong le e mong a bo thonaka ka ho lekana ho ja ha hae.
19 Joale Moshe a re ho bona: “Ho se ke ha e-ba le ea mong ea sieang leha e le bofe ba bona ho fihlela hoseng.”+ 20 Empa ha baa ka ba mamela Moshe. Ha ba bang ba ne ba siea bo bong ho fihlela hoseng, bo ne bo tsoa libōkō ’me bo nkha hampe;+ hoo Moshe a ileng a ba halefela.+ 21 Ba ne ba bo thonaka hoseng+ ho hong le ho hong, e mong le e mong ka ho lekana ho ja ha hae. Ha letsatsi le chesa, bo ne bo qhibiliha.
22 Eitse ka letsatsi la botšelela ba nka bohobe bo fetang ba pele habeli,+ litekanyo tse peli tsa omere bakeng sa motho a le mong. Kahoo marenana ’ohle a phutheho a tla eaba a tlalehela Moshe. 23 Eaba o re ho ’ona: “Ke seo Jehova a se boletseng. Hosasane ho tla bolokoa sabatha ea sabatha e halalelang ea Jehova.+ Boo le ka bo apehang, le bo apehe, ’me boo le ka bo phehang, le bo phehe,+ ’me bohle bo setseng le ipolokele bona ho fihlela hoseng.” 24 Tumellanong le hoo ba bo boloka ho fihlela hoseng, feela joalokaha Moshe a ne a laetse; ’me ha boa ka ba nkha hampe kapa ba tsoa tšenyane.+ 25 Joale Moshe a re: “Bo jeng kajeno, hobane kajeno ke sabatha+ ea Jehova. Kajeno le ke ke la bo fumana naheng. 26 Le tla bo thonaka ka matsatsi a tšeletseng, empa ka letsatsi la bosupa ke sabatha.+ Ka lona bo ke ke ba ba teng.” 27 Leha ho le joalo, eitse ka letsatsi la bosupa ba bang har’a sechaba ba tsoa ho ea bo thonaka, empa ha baa ka ba fumana letho.
28 Ka lebaka leo Jehova a re ho Moshe: “Le tla hana ho boloka litaelo tsa ka le melao ea ka halelele hakae?+ 29 Lemohang hore Jehova o le file sabatha.+ Ke ka lebaka leo a le fang bohobe ba matsatsi a mabeli ka letsatsi la botšelela. Le ’ne le lule e mong le e mong sebakeng sa hae.+ Ho se ke ha e-ba le ea mong ea tsoang sebakeng sa hae ka letsatsi la bosupa.” 30 Eaba sechaba se boloka sabatha ka letsatsi la bosupa.+
31 Ntlo ea Iseraele ea qala ho bo reha lebitso la “manna.” Bo ne bo le bosoeu joaloka peō ea korianda, ’me bo ne bo latsoeha joaloka liphaphatha tse nang le mahe a linotši.+ 32 Joale Moshe a re: “Lena ke lentsoe leo Jehova a le laetseng, ‘Bo tlatseng ka tekanyo ea omere e le ho hong ho lokelang ho bolokoa melokong eohle ea lōna,+ e le hore ba bone bohobe boo ke entseng hore le bo je lefeelleng ha ke ne ke le ntša naheng ea Egepeta.’”+ 33 Kahoo Moshe a re ho Arone: “Nka nkho ’me ka har’a eona u tšele manna a tletseng omere u a behe ka pel’a Jehova e le ho hong ho lokelang ho bolokoa melokong eohle ea lōna.”+ 34 Feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe, Arone a a beha pel’a Bopaki+ e le ho hong ho lokelang ho bolokoa. 35 Eaba bara ba Iseraele ba ja manna ka lilemo tse mashome a mane,+ ho fihlela ba fihla naheng e nang le baahi.+ Ba ja manna ho fihlela ba fihla moeling oa naha ea Kanana.+ 36 Joale omere ke karolo ea leshome ea tekanyo ea efa.
17 Phutheho eohle ea bara ba Iseraele ea tloha lefeelleng la Sine+ ka mekhahlelo, eo ba ileng ba e etsa ho ea ka taelo ea Jehova,+ ’me ba qala ho hloma liahelo Refidime.+ Empa ho ne ho se metsi ao sechaba se ka a noang.
2 Sechaba sa qala ho qabana le Moshe ’me sa re:+ “Re fe metsi re noe.” Empa Moshe a re ho sona: “Ke hobane’ng ha le qabana le ’na? Ke hobane’ng ha le ntse le leka Jehova?”+ 3 Sechaba sa tsoela pele ho nyoreloa metsi moo, ’me sechaba sa ’na sa korotlela Moshe sa re: “Ke hobane’ng ha u re ntšitse Egepeta hore u bolaee rōna le bara ba rōna le liphoofolo tsa rōna tse ruiloeng ka lenyora?”+ 4 Qetellong Moshe a hoeletsa ho Jehova, a re: “Ke tla etsa’ng ka sechaba see? Ho se ho se hokae ’me se tla ntlepetsa ka majoe!”+
5 Joale Jehova a re ho Moshe: “Fetela ka pel’a sechaba+ ’me u nke banna ba bang ba baholo ba Iseraele le molamu oa hao oo u ileng ua otla Nōka ea Nile+ ka oona. O tšoare ka letsoho ’me u tsamaee. 6 Bona! Ke eme ka pel’a hao moo lefikeng la Horebe. U otle lefika, ’me metsi a tla tsoa ho lona, ’me sechaba se a noe.”+ Ka mor’a moo Moshe a etsa joalo mahlong a banna ba baholo ba Iseraele. 7 Kahoo a reha sebaka seo lebitso la Masa+ le Meriba,+ ka lebaka la ho qabana ha bara ba Iseraele le ka lebaka la ho leka ha bona Jehova,+ ba re: “Na Jehova o har’a rōna kapa che?”+
8 Baamaleke+ ba tla ’me ba loantša Baiseraele Refidime.+ 9 Eaba Moshe o re ho Joshua:+ “Re khethele banna ’me u tsoe,+ u loantše Baamaleke. Hosasane ke tla ema holim ’a leralla, ke tšoere molamu oa Molimo oa ’nete letsohong.”+ 10 Joale Joshua a etsa feela joalokaha Moshe a ne a mo boleletse,+ e le hore a loantše Baamaleke; ’me Moshe, Arone le Hure+ ba nyolohela holim ’a leralla.
11 Eitse hang ha Moshe a phahamisa letsoho, Baiseraele ba ba phahamela;+ empa hang ha a theola letsoho, Baamaleke ba ba phahamela. 12 Ha matsoho a Moshe a se a khathetse, joale ba nka lejoe ’me ba le beha ka tlas’a hae, eaba o lula holim ’a lona; Arone le Hure ba tšehetsa matsoho a hae, e mong ka lehlakoreng lena ’me e mong ka lehlakoreng lane, hoo matsoho a hae a ileng a ema nģa e le ’ngoe ho fihlela letsatsi le likela. 13 Kahoo Joshua a hlōla Amaleke le sechaba sa hae ka bohale ba sabole.+
14 Joale Jehova a re ho Moshe: “Ngola sena e le sehopotso bukeng+ ’me u bue ka sona moo Joshua a ntseng a utloa, ‘Ke tla hlakola ho hopoloa ha Amaleke ka ho feletseng tlas’a maholimo.’”+ 15 Moshe a haha aletare ’me a e reha lebitso la Jehova-nisi, 16 a re: “Kahobane letsoho le khahlanong le terone+ ea Jah,+ Jehova o tla loantša Amaleke ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong.”+
18 Joale Jethro moprista oa Midiane, mohoe+ oa Moshe, a utloa ka sohle seo Molimo a se etselitseng Moshe le sechaba sa hae sa Iseraele, kamoo Jehova a ntšitseng Baiseraele kateng Egepeta.+ 2 Kahoo Jethro, mohoe oa Moshe, a nka Zipora, mosali oa Moshe, ka mor’a hore a tsamaisoe, 3 le bara ba hae ba babeli,+ bao lebitso la e mong oa bona e neng e le Gershome,+ “hobane,” o ile a re, “ke fetohile mojaki naheng esele”; 4 ’me lebitso la e mong e le Eliezere,+ “hobane,” ho qotsa mantsoe a hae, “Molimo oa Ntate ke mothusi oa ka hobane o ntopolotse saboleng ea Faro.”+
5 Kahoo Jethro, mohoe oa Moshe, le bara ba hae le mosali oa hae ba tla ho Moshe lefeelleng moo a neng a hlomile liahelo teng, thabeng ea Molimo oa ’nete.+ 6 Joale a romela molaetsa ho Moshe: “’Na, mohoe oa hao, Jethro,+ ke tlile ho uena, le mosali oa hao hammoho le bara ba hae ba babeli.” 7 Hang-hang Moshe a tsoa ho ea khahlanyetsa mohoe oa hae, ’me a itihela fatše ka sefahleho a mo aka;+ eaba ba qala ho botsana bophelo. Ka mor’a moo ba kena ka tenteng.
8 Moshe a qala ho phetela mohoe oa hae sohle seo Jehova a se entseng ho Faro le Egepeta ka lebaka la Baiseraele,+ le litsietsi tsohle tse ba hlahetseng tseleng,+ le hore leha ho le joalo Jehova o ile a ba lopolla.+ 9 Joale Jethro a ikutloa a nyakaletse ka molemo oohle oo Jehova a o etselitseng Baiseraele ka hore a ba lopolle letsohong la Egepeta.+ 10 Ka lebaka leo Jethro a re: “Ho bokoe Jehova, ea le lopolotseng letsohong la Egepeta le letsohong la Faro, le ea lopolotseng sechaba letsohong la Egepeta.+ 11 Joale ke fela ke tseba hore Jehova o moholo ho feta melimo+ e meng eohle ka lebaka la taba ena eo ka eona ba ileng ba iketelletsa pele khahlanong le bona.” 12 Joale Jethro, mohoe oa Moshe, a nka nyehelo ea secheso le mahlabelo bakeng sa Molimo;+ Arone le banna bohle ba baholo ba Iseraele ba ja bohobe le mohoe oa Moshe, ka pel’a Molimo oa ’nete.+
13 Ka letsatsi le hlahlamang Moshe a lula fatše ho ba moahloli oa sechaba joalokaha e le tloaelo,+ ’me sechaba sa ’na sa ema ka pel’a Moshe ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboea. 14 Mohoe oa Moshe a bona sohle seo a se etsetsang sechaba. Kahoo a re: “U etsetsa sechaba mosebetsi oa mofuta ofe? Ke hobane’ng ha e le uena feela ea ntseng a lutse ’me sechaba sohle se ntse se eme ka pel’a hao ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboea?” 15 Joale Moshe a re ho mohoe oa hae: “Hobane sechaba se ntse se tla ho ’na ho botsa Molimo.+ 16 Haeba se e-na le nyeoe,+ e tla tla ho ’na ’me ke tla ahlola pakeng tsa bona, ke tsebahatse liqeto tsa Molimo oa ’nete le melao ea hae.”+
17 Mohoe oa Moshe a re ho eena: “Tsela eo u etsang ka eona ha e ntle. 18 Ruri u tla khathala, uena le sechaba sena se nang le uena, hobane mosebetsi ona ke mojaro o moholo haholo bakeng sa hao.+ U ke ke ua khona ho o etsa u le mong.+ 19 Joale mamela lentsoe la ka.+ Ke tla u eletsa, ’me Molimo o tla ba le uena.+ U be moemeli oa sechaba ka pel’a Molimo oa ’nete,+ ’me u tlise linyeoe ka pel’a Molimo oa ’nete.+ 20 U se lemose melao ea tsamaiso le melao,+ ’me u se tsebise tsela eo se lokelang ho tsamaea ka eona le mosebetsi oo se lokelang ho o etsa.+ 21 Empa u lokela ho khetha har’a sechaba sohle banna ba nang le bokhoni,+ ba tšabang Molimo,+ banna ba tšepahalang,+ ba hloileng phaello e sa lokang;+ ’me u ba behe hore ba se okamele e le balaoli ba ba likete,+ balaoli ba ba mashome a mahlano le balaoli ba ba mashome.+ 22 Ba ahlole sechaba ketsahalong e ’ngoe le e ’ngoe e loketseng; ’me nyeoe e ’ngoe le e ’ngoe e khōlō ba e tlise ho uena,+ empa nyeoe e ’ngoe le e ’ngoe e nyenyane ba e sebetse e le baahloli. Kahoo ipebofaletse, ’me ba jare mojaro le uena.+ 23 Haeba u etsa ntho ena, ’me Molimo a u laetse, joale ka sebele u tla khona ho e mamella ’me, ntle ho moo, sechaba sena sohle se tla fihla libakeng tsa sona ka khotso.”+
24 Kapele-pele Moshe a mamela lentsoe la mohoe oa hae ’me a etsa sohle seo a se buileng.+ 25 Moshe a qala ho khetha banna ba nang le bokhoni har’a Baiseraele bohle ’me a ba fa maemo hore e be lihlooho tsa sechaba,+ e be balaoli ba ba likete, balaoli ba ba makholo, balaoli ba ba mashome a mahlano le balaoli ba ba mashome. 26 Ba ahlola sechaba ketsahalong e ’ngoe le e ’ngoe e loketseng. Ba ne ba tlisa nyeoe e boima ho Moshe,+ empa nyeoe e ’ngoe le e ’ngoe e nyenyane ba ne ba e sebetsa e le baahloli. 27 Ka mor’a moo Moshe a felehetsa mohoe oa hae,+ ’me a tsamaea ho ea naheng ea habo.
19 Ka khoeli ea boraro ka mor’a hore bara ba Iseraele ba tsoe naheng ea Egepeta,+ ka letsatsi lona leo, ba fihla lefeelleng la Sinai.+ 2 Ba tloha Refidime+ ’me ba ea lefeelleng la Sinai ba hloma liahelo lefeelleng;+ ’me Baiseraele ba hloma liahelo moo ka pel’a thaba.+
3 Moshe a nyolohela ho Molimo oa ’nete, ’me Jehova a qala ho mo bitsa a le thabeng,+ a re: “Sena ke seo u tla se bolella ntlo ea Jakobo le ho se bolella bara ba Iseraele, 4 ‘Le bone seo ke se entseng ho Baegepeta,+ e le hore nka le jara ka mapheo a lintsu ka le tlisa ho ’na.+ 5 Joale haeba le tla mamela+ lentsoe la ka ka tieo ’me ruri le boloke selekane sa ka,+ joale ka sebele le tla fetoha thepa ea ka e khethehileng har’a lichaba tse ling tsohle,+ hobane lefatše lohle ke la ka.+ 6 Le tla fetoha ’muso oa baprista le sechaba se halalelang ho ’na.’+ Ana ke mantsoe ao u tla a bolella bara ba Iseraele.”
7 Kahoo Moshe a tla eaba o bitsa banna ba baholo+ ba sechaba ’me o beha ka pel’a bona mantsoe ’ohle ao Jehova a neng a mo laetse ’ona.+ 8 Ka mor’a moo sechaba sohle sa araba ka tumellano sa re: “Sohle seo Jehova a se buileng re ikemiselitse ho se etsa.”+ Kapele-pele Moshe a khutlisetsa mantsoe a sechaba ho Jehova.+ 9 Eaba Jehova o re ho Moshe: “Bona! Ke tla ho uena ka leru le letšo,+ e le hore sechaba se utloe ha ke bua le uena,+ le hore se behe tumelo le ho uena ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+ Joale Moshe a tlalehela Jehova mantsoe a sechaba.
10 Jehova a tsoela pele ho re ho Moshe: “E-ea ho sechaba, ’me u se halaletse kajeno le hosasane, ’me se hlatsoe liaparo tsa sona.+ 11 Se itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka letsatsi la boraro Jehova o tla theohela holim ’a Thaba ea Sinai ka pel’a mahlo a sechaba sohle.+ 12 U sehele sechaba meeli ka hohle, u re, ‘Itebeleng hore le se ke la nyolohela thabeng, ’me le se ke la ama moeli oa eona. Ka sebele mang kapa mang ea amang thaba o tla bolaoa.+ 13 Ha ho letsoho le tla mo ama, hobane ka sebele o tla tlepetsoa ka majoe kapa ka sebele o tla fuloa ka metsu. Ebang ke phoofolo kapa motho, a ke ke a phela.’+ Ha ho letsoa lenaka la pheleu+ ba nyolohele thabeng.”
14 Joale Moshe a theoha thabeng a ea ho sechaba, ’me a qala ho halaletsa sechaba; eaba se hlatsoa liaparo tsa sona tsa ka holimo.+ 15 Tumellanong le hoo a re ho sechaba: “Itokiseng+ ka matsatsi a mararo. Le se ke la atamela mosali.”+
16 Ka letsatsi la boraro ha e e-ba hoseng lialuma le mahalima tsa qala ho ba teng,+ le leru le leholo+ holim ’a thaba le molumo o moholo haholo oa lenaka,+ hoo sechaba sohle se liahelong se ileng sa qala ho thothomela.+ 17 Joale Moshe a ntša sechaba liahelong ho ea kopana le Molimo oa ’nete, ’me sa qala ho ema botlaaseng ba thaba.+ 18 Thaba ea Sinai ea kubella mosi ka hohle,+ ka lebaka la hore Jehova o ne a theohetse ho eona ka mollo;+ mosi oa eona oa ’na oa nyoloha joaloka mosi oa sebōpi,+ ’me thaba eohle e ne e thothomela haholo.+ 19 Ha molumo oa lenaka o ntse o e-ba matla haholo, Moshe a qala ho bua, ’me Molimo oa ’nete a qala ho mo araba ka lentsoe.+
20 Kahoo Jehova a theohela Thabeng ea Sinai tlhōrōng ea thaba. Joale Jehova a bitsetsa Moshe tlhōrōng ea thaba, ’me Moshe a nyoloha.+ 21 Joale Jehova a re ho Moshe: “Theoha, u lemose sechaba, hore se se ke sa leka ho phunyeletsa ho ea ho Jehova ho ea sheba ’me ba bangata ba oa.+ 22 Le baprista bao kamehla ba tlang ho Jehova ba ke ba ikhalaletse,+ hore Jehova a se ke a ba otla.”+ 23 Eaba Moshe o re ho Jehova: “Sechaba ha se khone ho nyolohela Thabeng ea Sinai, hobane u se u re lemositse, ua re, ‘Sehelang thaba meeli ’me le e halaletse.’”+ 24 Leha ho le joalo, Jehova a re ho eena: “Tsamaea, u theohe, ebe ua nyoloha, uena le Arone; empa baprista le sechaba ba se ke ba phunyeletsa ho nyolohela ho Jehova, e le hore a se ke a ba otla.”+ 25 Tumellanong le hoo Moshe a theohela ho sechaba ’me a se bolella.+
20 Molimo a bua mantsoe ana ’ohle, a re:+
2 “Ke ’na Jehova Molimo oa hao,+ ea u ntšitseng naheng ea Egepeta, ka tlung ea makhoba.+ 3 U se ke ua ba le melimo e meng+ khahlanong le sefahleho sa ka.
4 “U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng kapa sebōpeho se tšoanang le ntho leha e le efe e holimo maholimong kapa e tlaase lefatšeng kapa e metsing ka tlas’a lefatše.+ 5 U se ke ua li inamela kapa ua hlohlelletsoa hore u li sebeletse,+ hobane ’na Jehova Molimo oa hao ke Molimo ea batlang boinehelo bo khethehileng,+ ea tlisang kotlo bakeng sa liphoso tsa bo-ntate ho bara, ho moloko oa boraro le ho moloko oa bone, oa ba ntlhoileng;+ 6 empa ke bontša mosa o lerato ho isa molokong oa sekete oa ba nthatang ’me ba boloka litaelo tsa ka.+
7 “U se ke ua sebelisa lebitso la Jehova Molimo oa hao ka tsela eo e seng ea bohlokoa,+ etsoe Jehova a ke ke a tlohela ea sebelisang lebitso la hae ka tsela eo e seng ea bohlokoa a sa fuoe kotlo.+
8 “Ka ho hopola letsatsi la sabatha hore u le nke le halalela,+ 9 u tla etsa tšebeletso ’me u etse mosebetsi oa hao ka matsatsi a tšeletseng.+ 10 Empa letsatsi la bosupa ke sabatha ea Jehova Molimo oa hao.+ U se ke ua etsa mosebetsi leha e le ofe, uena leha e le mora oa hao kapa morali oa hao, lekhoba la hao kapa lekhabunyane la hao kapa phoofolo ea hao e ruiloeng kapa mojaki oa hao ea ka har’a liheke tsa hao.+ 11 Etsoe ka matsatsi a tšeletseng Jehova o ile a etsa maholimo le lefatše, leoatle le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ho tsona,+ ’me a phomola ka letsatsi la bosupa.+ Ke ka lebaka leo Jehova a ileng a hlohonolofatsa letsatsi la sabatha ’me a le halaletsa.+
12 “Hlompha ntat’ao le ’m ’ao+ e le hore matsatsi a hao a ka ba malelele holim ’a lefatše leo Jehova Molimo oa hao a u fang lona.+
16 “U se ke ua paka ka bohata ha u le paki khahlanong le oa heno.+
17 “U se ke ua lakatsa ntlo ea oa heno. U se ke ua lakatsa mosali oa oa heno,+ leha e le lekhoba la hae kapa lekhabunyane la hae kapa poho ea hae kapa esele ea hae kapa ntho leha e le efe ea oa heno.”+
18 Joale sechaba sohle se ne se bona lialuma le ho tšoelima ha lehalima le molumo oa lenaka le thaba e kubellang mosi. Ha sechaba se li bona, joale sa thothomela ’me sa emella hōjana.+ 19 Sa qala ho re ho Moshe: “Uena u bue le rōna, ’me re mamele; empa Molimo a se ke a bua le rōna esere ra shoa.”+ 20 Kahoo Moshe a re ho sechaba: “Le se ke la tšoha, hobane Molimo oa ’nete o tlile ka lebaka la ho le leka,+ le hore ho mo tšaba ho tsoele pele ho le teng ka pel’a lifahleho tsa lōna e le hore le tle le se ke la etsa sebe.”+ 21 Sechaba sa ’na sa emella hōjana, empa Moshe a atamela leru le letšo moo Molimo oa ’nete a neng a le teng.+
22 Jehova a tsoela pele ho re ho Moshe:+ “Sena ke seo u tla se bolella bara ba Iseraele, ‘Le bone hore ke buile le lōna ke le maholimong.+ 23 Le se ke la etsa melimo ea silevera hammoho le ’na, ’me le se ke la iketsetsa melimo ea khauta.+ 24 Le nketsetse aletare ea mobu,+ ’me holim ’a eona le etse mahlabelo a lōna a linyehelo tsa secheso le mahlabelo a lōna a kopanetsoeng, likhutšoane tsa lōna le likhomo tsa lōna.+ Ke tla tla ho lōna sebakeng se seng le se seng seo ke tla etsa hore lebitso la ka le hopoloe ho sona ’me ka sebele ke tla le hlohonolofatsa.+ 25 Haeba le nketsetsa aletare ea majoe, le se ke la e haha ka majoe a betliloeng. Haeba le sebelisa chesele ho eona, le tla e silafatsa.+ 26 Le se ke la hloella aletareng ea ka ka litepisi, e le hore litho tsa lōna tse sephiring li se ke tsa pepeseha holim ’a eona.’
21 “Tsena ke liqeto tsa boahloli tseo u tla li beha ka pel’a bona:+
2 “Haeba u reka lekhoba la Moheberu,+ e tla ba lekhoba ka lilemo tse tšeletseng, empa ka sa bosupa le tla tsoa joaloka le lokolotsoeng ntle ho tefiso.+ 3 Haeba le kene le le leng, le tla tsoa le le leng. Haeba le e-na le mosali, joale mosali oa lona o tla tsoa le lona. 4 Haeba mong’a lona a le file mosali ’me a le tsoaletse bara kapa barali, mosali le bana ba lona e tla ba ba mong’a lona+ ’me le tla tsoa le le leng.+ 5 Empa haeba ka ho tsitlella lekhoba le re, ‘Ruri ke rata mong’a ka, mosali oa ka le bara ba ka; ha ke batle ho tsamaea joaloka ea lokolotsoeng,’+ 6 joale mong’a lona a le atametse ho Molimo oa ’nete ’me a le emise pel’a lemati kapa kosene ea monyako; mong’a lona a le phunye tsebe ka elese, ’me le fetohe lekhoba la hae ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
7 “Haeba monna a rekisa morali oa hae hore e be lekhabunyane,+ a ke ke a tsoa ka tsela eo makhoba a tsoang ka eona. 8 Haeba a sa khahlise mahlong a mong’a hae hoo a sa mo khetheng hore a fetohe serethe+ empa a etsa hore a lopolloe, a ke ke a ba le tokelo ea ho mo rekisetsa basele ha a sebetsana le eena ka bolotsana. 9 Haeba a mo khethela mora oa hae, o tla mo etsa ho ea ka tokelo e loketseng ea barali.+ 10 Haeba a ka inkela mosali e mong, lintho tsa hae tsa ho iphelisa, liaparo tsa hae+ le tokelo ea hae ea lenyalo+ li se ke tsa fokotsoa. 11 Haeba a ke ke a mo fa lintho tsena tse tharo, joale a tsoe mahala, ntle ho chelete.
12 “Ea otlang motho hoo a bileng a shoang ruri o tla bolaoa.+ 13 Empa haeba motho a sa lalla ’me Molimo oa ’nete a lumella hore ho etsahale letsohong la hae,+ joale ke u lokisetsa sebaka seo a tla balehela ho sona.+ 14 Haeba motho a halefela oa habo ho isa ntlheng ea hore a mo bolaee ka bolotsana,+ u tla mo tlosa aletareng ea ka hore a shoe.+ 15 Ea otlang ntat’ae le ’m ’ae ruri o tla bolaoa.+
16 “Ea koetelang motho+ ’me a mo rekisa+ kapa a fumanoa letsohong la hae ruri o tla bolaoa.+
17 “Ea rohakang ntat’ae le ’m ’ae ruri o tla bolaoa.+
18 “Haeba batho ba tsekisana ’me e mong a otla oa habo ka lejoe kapa ka mohoma ’me a sa shoe empa a robala betheng ea hae; 19 haeba a ka ema ’me a ea ka ntle ka setšehetso sa hae, joale ea mo otlileng o tla lokoloha kotlong; o tla etsa puseletso feela bakeng sa nako e lahlehileng mosebetsing oa eo ho fihlela a etsa hore a fole ka ho feletseng.
20 “Haeba motho a otla+ lekhoba la hae kapa lekhabunyane la hae ka molamu ’me le shoela letsohong la hae, ruri le tla pheteletsoa.+ 21 Leha ho le joalo, haeba le lieha ka letsatsi kapa ka matsatsi a mabeli, le se ke la pheteletsoa, hobane ke chelete ea hae.
22 “Haeba banna ba loana ’me ba ntša mosali oa moimana kotsi ’me bana ba hae+ ba fela ba tsoa empa ho sa hlahe kotsi e bolaeang, ruri o tla lefisoa litšenyehelo ho ea ka seo mong’a mosali eo a tla mo batla sona; a fane ka sona ka baahloli.+ 23 Empa haeba ho ka hlaha kotsi e bolaeang, joale u tla fana ka moea bakeng sa moea,+ 24 leihlo bakeng sa leihlo, leino bakeng sa leino, letsoho bakeng sa letsoho, leoto bakeng sa leoto,+ 25 ho chesoa ka tšepe bakeng sa ho chesoa ka tšepe, leqeba bakeng sa leqeba, kotlo bakeng sa kotlo.+
26 “Haeba motho a otla leihlo la lekhoba la hae kapa leihlo la lekhabunyane la hae ’me a le senya, o tla le tlohela hore le tsamaee joaloka ea lokolotsoeng e le puseletso bakeng sa leihlo la lona.+ 27 Haeba a ntša leino la lekhoba la hae kapa leino la lekhabunyane la hae, o tla le tlohela hore le tsamaee joaloka ea lokolotsoeng e le puseletso bakeng sa leino la lona.
28 “Haeba poho e hlaba monna kapa mosali ’me a shoa, ruri poho eo e lokela ho tlepetsoa ka majoe,+ empa nama ea eona e se ke ea jeoa; mong’a poho o lokolohile kotlong. 29 Empa haeba pele ho moo poho eo e ne e tloaetse ho hlaba ’me mong’a eona a filoe temoso empa a sa ka a e lebela, ’me e bolaile monna kapa mosali, poho e lokela ho tlepetsoa ka majoe ’me le mong’a eona o lokela ho bolaoa. 30 Haeba ho batloa thekollo ho eena, joale a fane ka tefo ea topollo bakeng sa moea oa hae ho ea ka sohle se ka batloang ho eena.+ 31 Ebang e hlabile mora kapa e hlabile morali, ho tla etsoa ho eena ho ea ka qeto ena ea boahloli.+ 32 Haeba poho e hlabile lekhoba kapa lekhabunyane, o tla fana ka tefello ea lishekele tse mashome a mararo+ ho mong’a motho eo, ’me poho eo e tla tlepetsoa ka majoe.
33 “Haeba motho a bula sekoti, kapa haeba motho a epa sekoti ’me a sa se koahele, ’me poho kapa esele e fela e oela ka har’a sona,+ 34 mong’a sekoti o tla etsa puseletso.+ O tla khutlisetsa theko ho mong’a eona, ’me phoofolo e shoeleng e tla ba ea hae. 35 Haeba poho ea motho e mong e ntša poho ea e mong kotsi ’me e shoa, joale ba rekise poho e phelang ’me ba arolelane theko e lefiloeng bakeng sa eona; le e shoeleng ba e arolelane.+ 36 Kapa haeba ho ne ho tsejoa hore le pele ho moo poho e ne e tloaetse ho hlaba empa mong’a eona a sa e lebela,+ ruri o tla etsa puseletso+ ea poho bakeng sa poho, ’me e shoeleng e tla ba ea hae.
22 “Haeba motho a utsoa poho kapa nku ’me a fela a e hlaba kapa a e rekisa, o tla buseletsa ka tse hlano tsa mohlape oa liphoofolo tse khōlō bakeng sa poho le tse ’nè tsa mohlape oa likhutšoane bakeng sa nku.+
2 (“Haeba lesholu+ le fumanoa le thuha+ ’me le otloa le shoa, ha ho molato oa mali bakeng sa lona.+ 3 Haeba letsatsi le le chabela, ho na le molato oa mali bakeng sa lona.)
“Ruri le tla etsa puseletso. Haeba le se na letho, joale le tla rekisoa bakeng sa lintho tseo le li utsoitseng.+ 4 Haeba ruri letsohong la lona ho fumanoa se utsoitsoeng, ho tloha ho poho ho isa ho esele le nku, li ntse li phela, le tla etsa puseletso e habeli.
5 “Haeba motho a fulisa tšimong kapa serapeng sa morara ’me a romela lipelesa tsa hae ’me a li jesa tšimong e ’ngoe, o lokela ho etsa puseletso+ ka tse ntlehali tsa tšimo ea hae kapa ka tse ntlehali tsa serapa sa hae sa morara.
6 “Haeba mollo o kekela ’me o fihla meutloeng, ’me ho cha mangata kapa lijo-thollo tse ntseng li le mahlakeng kapa tšimo,+ ea hotelitseng mollo oo ruri o tla etsa puseletso bakeng sa se cheleng.
7 “Haeba motho a fa oa habo chelete kapa lintho hore a li boloke,+ ’me li utsuoa ntlong ea motho eo, haeba lesholu le ka fumanoa, le tla etsa puseletso e habeli.+ 8 Haeba lesholu le sa fumanoe, joale mong’a ntlo o tla tlisoa haufi le Molimo oa ’nete+ ho bona hore na ha aa ka a isa letsoho thepeng ea oa habo. 9 Ha e le tlōlo ea mofuta leha e le ofe,+ malebana le poho, esele, nku, seaparo, ntho leha e le efe e lahlehileng eo a ka reng ka eona, ‘Ke eona ena!’ taba ea bona ka bobeli e tla tlisoa ka pel’a Molimo oa ’nete.+ Eo Molimo a tla phatlalatsa hore o khopo o tla etsa puseletso e habeli ho oa habo.+
10 “Haeba motho a fa oa habo esele kapa poho kapa nku kapa phoofolo leha e le efe e ruuoang hore a e boloke, ’me e shoa kapa e qhoala kapa e nkoa ho se ea talimileng, 11 ho tla etsoa kano+ ho Jehova pakeng tsa bona ka bobeli hore ha aa ka a isa letsoho thepeng ea oa habo;+ mong’a tsona a e amohele, ’me e mong a se ke a etsa puseletso. 12 Empa haeba kannete li utsuoe ho eena, o tla etsa puseletso ho mong’a tsona.+ 13 Haeba kannete e rusolotsoe ke sebata,+ o tla e tlisa e le bopaki.+ A ke ke a etsa puseletso bakeng sa ntho e rusolotsoeng ke sebata.
14 “Empa haeba leha e le mang a alima ntho e ’ngoe ho oa habo,+ ’me e qhoala kapa e shoa mong’a eona a le sieo, ruri o tla etsa puseletso.+ 15 Haeba mong’a eona a le teng, a ke ke a etsa puseletso. Haeba e hiriloe, e tla tsoa tefong ea eona.
16 “Joale haeba monna a eka moroetsana ea sa lebeletsoang, ’me a robala le eena,+ ruri o tla mo nka hore e be mosali oa hae ka chelete ea tefo.+ 17 Haeba ntat’ae a hlile a hana ho mo fa eena, o tla lefa chelete ka tekanyo ea chelete e rekang baroetsana.+
18 “U se ke ua boloka moloi oa mosali a phela.+
19 “Mang kapa mang ea robalang le phoofolo ruri o tla bolaoa.+
20 “Ea etsetsang melimo e meng mahlabelo haese Jehova feela o tla neheloa timetso.+
21 “U se ke ua tšoara mojaki hampe kapa ua mo hatella,+ etsoe le bile bajaki naheng ea Egepeta.+
22 “Le se ke la hlorisa mohlolohali leha e le ofe kapa moshanyana ea se nang ntate.+ 23 Haeba u ka mo hlorisa, joale haeba a ka hoeletsa ho ’na, ruri ke tla utloa mohoo oa hae;+ 24 ruri bohale ba ka bo tla tuka,+ ’me ka sebele ke tla le bolaea ka sabole, ’me basali ba lōna e tla ba bahlolohali le bara ba lōna e be bashanyana ba se nang bo-ntate.+
25 “Haeba u alima sechaba sa ka chelete, u alima ea hlorileng ea haufi le uena,+ u se ke ua ba joaloka ea alimanang a batla tsoala ho eena. U se ke ua batla phaello ho eena.+
26 “Haeba u nka seaparo sa oa heno e le tebeletso,+ u se khutlisetse ho eena ha letsatsi le likela. 27 Etsoe ke sona feela seaparo sa hae.+ Ke seaparo sa hae sa ka holimo bakeng sa nama ea hae. O tla robala ka’ng? O tla hoeletsa ho ’na, ’me ka sebele ke tla utloa, hobane ke mosa.+
28 “U se ke ua rohaka Molimo+ kapa ua rohaka morenana ea har’a sechaba sa heno.+
29 “U se ke ua tsilatsila ha u fana ka lihlahisoa tsa hao tse feletseng le se khaphatsehang sehatelong sa hao.+ U mphe letsibolo la bara ba hao.+ 30 Tsela eo u tla etsa ka eona ka poho ea hao le nku ea hao ke ena:+ E tla hlola le ’m ’a eona ka matsatsi a supileng.+ U mphe eona ka letsatsi la borobeli.
31 “Le lokela ho ba batho ba halalelang ho ’na;+ ’me le se ke la ja nama ea ntho e rusolotsoeng ke sebata naheng.+ Le lokela ho e akhella lintja.+
23 “U se ke ua bolela tlaleho ea bohata.+ U se ke ua sebelisana ’moho le ea khopo ka ho fetoha paki e rerang pefo.+ 2 U se ke ua latela bongata bakeng sa sepheo se sebe;+ ’me u se ke ua paka tsekong hore u khelohe le bongata bakeng sa ho khopamisa toka.+ 3 Ha e le ea tlaase, u se ke ua bontša leeme tsekong ea hae.+
4 “Haeba u ka teana le poho ea sera sa hao kapa esele ea sona e hlahlathela, u e khutlisetse ho sona.+ 5 Haeba u ka bona esele ea motho ea u hloileng e bothile tlas’a mojaro oa eona, u se ke ua mo siea. Ruri u e lokolle le eena.+
6 “U se ke ua khopamisa qeto ea boahloli ea motho oa heno oa mofutsana tsekong ea hae.+
7 “U be hōle le lentsoe la bohata.+ ’Me u se ke ua bolaea ea hlokang molato le ea lokileng, etsoe nke ke ka bolela hore ea khopo o lokile.+
8 “U se ke ua amohela tjotjo, etsoe tjotjo e foufatsa batho ba bonang ka mokhoa o hlakileng ’me e ka khopamisa mantsoe a batho ba lokileng.+
9 “U se ke ua hatella mojaki,+ etsoe le tsebile moea oa mojaki, hobane le bile bajaki naheng ea Egepeta.+
10 “Ka lilemo tse tšeletseng u jale tšimo ea hao peō ’me u bokelle lihlahisoa tsa eona.+ 11 Empa ka selemo sa bosupa u e tlohele e sa lengoa ’me u e lese e lale,+ ’me mafutsana ho batho ba heno a je ho eona; se siiloeng ke ’ona se tla jeoa ke libata tsa naha.+ Ke tsela eo u tla etsa ka eona ka serapa sa hao sa morara le moru oa hao oa mohloaare.
12 “U tla etsa mosebetsi oa hao ka matsatsi a tšeletseng;+ empa u khaotse ka letsatsi la bosupa, e le hore poho ea hao le esele ea hao li phomole le mora oa lekhabunyane la hao le mojaki ba ikhatholle.+
13 “Le itebele mabapi le sohle seo ke le boleletseng sona;+ ’me le se ke la bolela mabitso a melimo e meng. Ha aa lokela ho utluoa melomong ea lōna.+
14 “U tla nketsetsa mokete hararo ka selemo.+ 15 U tla boloka mokete oa mahobe a sa lomosoang.+ U tla ja mahobe a sa lomosoang+ ka matsatsi a supileng, feela joalokaha ke u laetse, ka nako e behiloeng ka khoeli ea Abibe,+ hobane ka eona u ile ua tsoa Egepeta. Ba se ke ba itlhahisa ho ’na ba sa nka letho.+ 16 Le mokete oa kotulo ea litholoana tsa pele tse butsoitseng+ tsa mesebetsi ea lōna, tsa seo le se jalang tšimong;+ le mokete oa ho bokella ha selemo se fela, ha le bokella mesebetsi ea lōna tšimong.+ 17 Ka makhetlo a mararo ka selemo e mong le e mong e motona oa hao o tla hlaha ka pel’a sefahleho sa Morena oa ’nete, Jehova.+
18 “Mali a sehlabelo sa ka u se ke ua a etsa sehlabelo hammoho le se lomositsoeng. Mafura a mokete oa ka ha aa lokela ho hlola bosiu ho fihlela hoseng.+
19 “U tlise litholoana tse ntlehali tsa pele tse butsoitseng tsa mobu ka tlung ea Jehova Molimo oa hao.+
“U se ke ua pheha potsanyane ka lebese la ’m ’a eona.+
20 “Bona! ke romela lengeloi+ hore le u etelle pele hore le u boloke tseleng ’me le u tlise sebakeng seo ke se lokisitseng.+ 21 Itebele ka lebaka la lona ’me u mamele lentsoe la lona. U se ke ua le fetohela, etsoe le ke ke la tšoarela litlōlo tsa lōna;+ hobane lebitso la ka le ho lona. 22 Leha ho le joalo, haeba u mamela lentsoe la lona ka tieo ’me u hlile u etsa sohle seo ke tla se bolela,+ joale ka sebele ke tla ba sera ho lira tsa hao ’me ke tšoenye ba u tšoenyang.+ 23 Etsoe lengeloi la ka le tla u etella pele ’me le tla u tlisa ho Baamore le Bahethe le Bapereze le Bakanana, Baheve le Bajebuse, ’me ka sebele ke tla ba felisa.+ 24 U se ke ua inamela melimo ea bona kapa ua hlohlelletsoa hore u e sebeletse, ’me u se ke ua etsa ntho leha e le efe e tšoanang le mesebetsi ea bona,+ empa ruri u ba felise ’me ruri u heletse litšiea tsa bona tse halalelang.+ 25 Le sebeletse Jehova Molimo oa lōna,+ ’me ka sebele o tla hlohonolofatsa bohobe ba lōna le metsi a lōna;+ ruri ke tla tlosa lefu har’a lōna.+ 26 Naheng ea habo lōna ho ke ke ha e-ba le mosali ea senyeheloang kapa nyopa.+ Ke tla tlatsa palo ea matsatsi a lōna.+
27 “Ke tla romela ho ntšaba ka pel’a lōna,+ ’me ka sebele ke tla ferekanya lichaba tsohle tseo le tla tla ho tsona, ’me ruri ke tla le fa sekotlo sa lira tsohle tsa lōna.+ 28 Ke tla romela ho nyahama ka pel’a lōna,+ ’me ho tla leleka Baheve, Bakanana le Bahethe ka pel’a lōna.+ 29 Nke ke ka ba leleka ka pel’a lōna ka selemo se le seng, hore naha e se ke ea fetoha lesupi ’me libata tsa naha tsa ata khahlanong le lōna.+ 30 Ke tla li leleka butle-butle ka pel’a lōna, ho fihlela le ata ’me le rua naha.+
31 “Ke tla beha moeli oa lōna ho tloha Leoatleng le Lefubelu ho ea leoatleng la Bafilista le ho tloha lefeelleng ho ea Nōkeng;+ hobane ke tla nehelana ka baahi ba naha matsohong a lōna, ’me ka sebele le tla ba leleka ka pel’a lōna.+ 32 U se ke ua hlaba selekane le bona kapa le melimo ea bona.+ 33 Ha baa lokela ho lula naheng ea lōna, hore ba se ke ba etsa hore le ntšiteloe. Haeba u sebeletsa melimo ea bona, seo e tla ba leraba ho uena.”+
24 A re ho Moshe: “Nyolohela ho Jehova, uena le Arone, Nadabe le Abihu+ le banna ba baholo ba Iseraele ba mashome a supileng,+ ’me le iname le sa le hōjana. 2 Moshe a atamele Jehova a le mong; empa ha baa lokela ho atamela, ’me sechaba ha sea lokela ho nyoloha le eena.”+
3 Joale Moshe a tla eaba o phetela sechaba mantsoe ’ohle a Jehova le liqeto tsohle tsa boahloli,+ ’me sechaba sohle sa araba ka lentsoe le le leng sa re: “Mantsoe ’ohle ao Jehova a a buileng re ikemiselitse ho a phetha.”+ 4 Tumellanong le hoo Moshe a ngola mantsoe ’ohle a Jehova.+ Joale a tsoha hoseng haholo eaba mosikong oa thaba o haha aletare le lifika tse leshome le metso e ’meli tse lekanang le meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.+ 5 Ka mor’a moo a romela bahlankana ba bara ba Iseraele eaba ba nyehela linyehelo tsa secheso ’me ba hlabela Jehova lipoho e le mahlabelo, e le mahlabelo a kopanetsoeng.+ 6 Joale Moshe a nka halofo ea mali a e tšela ka har’a likotlolo,+ ’me a fafatsa halofo ea mali holim ’a aletare.+ 7 Qetellong a nka buka ea selekane+ ’me a e bala moo sechaba se ntseng se utloa.+ Joale sa re: “Sohle seo Jehova a se boletseng re ikemiselitse ho se etsa le ho se mamela.”+ 8 Kahoo Moshe a nka mali ’me a fafatsa sechaba ka oona+ eaba o re: “Ana ke mali a selekane+ seo Jehova a se hlabileng le lōna mabapi le mantsoe ana ’ohle.”
9 Moshe le Arone, Nadabe le Abihu le banna ba baholo ba mashome a supileng ba Iseraele ba nyoloha, 10 ’me ba bona Molimo oa ’nete oa Iseraele.+ Tlas’a maoto a hae ho ne ho e-na le se bonahalang eka ke matlapa a safire le se kang maholimo ka ho hloeka.+ 11 Ha aa ka a ntša letsoho khahlanong le banna ba hlaheletseng ba bara ba Iseraele,+ empa ba bona pono ea Molimo oa ’nete+ eaba baa ja ’me baa noa.+
12 Joale Jehova a re ho Moshe: “Nyolohela ho ’na thabeng ’me u lule teng, kaha ke batla ho u fa matlapa a lejoe le molao le taelo tseo ke tla li ngola e le hore ke ba rute.”+ 13 Kahoo Moshe le Joshua mosebeletsi oa hae ba ema ’me Moshe a nyolohela thabeng ea Molimo oa ’nete.+ 14 Empa a re ho banna ba baholo: “Le re letele sebakeng sena ho fihlela re khutlela ho lōna.+ Bonang! Arone le Hure+ ba na le lōna. Mang kapa mang ea nang le nyeoe, a ke a ba atamele.”+ 15 Kahoo Moshe a nyolohela thabeng ha leru le koahetse thaba.+
16 Khanya ea Jehova+ ea ’na ea lula holim ’a Thaba ea Sinai,+ ’me leru la ’na la e koahela ka matsatsi a tšeletseng. Qetellong ka letsatsi la bosupa a bitsa Moshe a le har’a leru.+ 17 Mahlong a bara ba Iseraele pono ea khanya ea Jehova e ne e tšoana le mollo o timetsang+ tlhōrōng ea thaba. 18 Joale Moshe a kena har’a leru ’me a nyolohela thabeng.+ Eaba Moshe o hlola thabeng matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane.+
25 Jehova a bua le Moshe,+ a re: 2 “Bua le bara ba Iseraele, hore ba nkukele monehelo: Le tla nkukela monehelo ho motho e mong le e mong eo pelo ea hae e mo susumetsang.+ 3 Ona ke monehelo oo le tla o nka ho bona: khauta+ le silevera+ le koporo,+ 4 le tšoele e putsoa, le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu, le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase, le line ea boleng bo botle, le boea ba pōli,+ 5 le matlalo a lipheleu a fetotsoeng ’mala hore a be mafubelu, le matlalo a liqibi, le lehong la leoka;+ 6 oli bakeng sa lebone,+ oli ea balsame+ bakeng sa oli e tlotsang+ le bakeng sa libano tse nkhang hamonate;+ 7 le majoe a onyxe le majoe a hlongoang bakeng sa efoda+ le bakeng sa kotla ea sefuba.+ 8 Ba nketsetse sehalalelo, kaha ke tla lula har’a bona.+ 9 Ho ea ka sohle seo ke u bontšang sona e le mohlala oa tabernakele le mohlala oa thepa eohle ea eona, ke tsela eo u tla e etsa ka eona.+
10 “Ba etse Areka ea lehong la leoka,+ e bolelele ba litsoe tse peli le halofo le bophara ba setsoe le halofo le bophahamo ba setsoe le halofo. 11 U e koahele ka khauta e hloekileng.+ U tla e koahela ka hare le ka ntle, ’me u etse mophetho oa khauta ho e potoloha.+ 12 U e etsetse mehele e mene ea khauta ’me u e behe ka holim ’a maoto a eona a mane, mehele e ’meli e be ka lehlakoreng lena la eona ’me mehele e ’meli e be ka lehlakoreng lane la eona.+ 13 U etse lipalo tsa lehong la leoka ’me u li koahele ka khauta.+ 14 U kenye lipalo meheleng e mahlakoreng a Areka e le hore u jare Areka ka eona. 15 Lipalo li tla lula meheleng ea Areka. Li se ke tsa tlosoa ho eona.+ 16 Ka Arekeng u behe bopaki boo ke tla u fa bona.+
17 “U etse sekoahelo sa khauta e hloekileng, bolelele ba sona e be litsoe tse peli le halofo ’me bophara ba sona e be setsoe le halofo.+ 18 U etse likerubime tse peli tsa khauta. U li etse li teiloe ka hamore lintlheng tse peli tsa sekoahelo.+ 19 U etse kerubime e ’ngoe ntlheng ena le kerubime e ’ngoe ntlheng eane.+ U lokela ho etsa likerubime holim ’a sekoahelo lintlheng tsa sona tse peli. 20 Likerubime li phukalletse mapheo a tsona a mabeli holimo, li sireletse sekoahelo ka mapheo a tsona, lifahleho tsa tsona li shebane.+ Lifahleho tsa likerubime li lokela ho talima sekoahelong. 21 U behe sekoahelo+ holim ’a Areka, ’me ka har’a Areka u behe bopaki boo ke tla u fa bona. 22 Ke tla itlhahisa ho uena moo ’me ke u bolelle sohle seo ke tla u laela sona bakeng sa bara ba Iseraele ke le holim ’a sekoahelo,+ pakeng tsa likerubime tse peli tse holim ’a areka ea bopaki.+
23 “U etse tafole+ ea lehong la leoka, e bolelele ba litsoe tse peli le bophara ba setsoe le bophahamo ba setsoe le halofo. 24 U e koahele ka khauta e hloekileng, ’me u e etsetse mophetho oa khauta ho potoloha.+ 25 U e etsetse foreimi e bophara ba seatla ho potoloha, ’me u etse mophetho oa khauta bakeng sa foreimi ea eona ho potoloha.+ 26 U e etsetse mehele e mene ea khauta ’me u behe mehele likhutlong tse ’nè tsa maoto a mane.+ 27 Mehele e be haufi le foreimi e le litšehetso tsa lipalo bakeng sa ho jara tafole.+ 28 U etse lipalo ka lehong la leoka ’me u li koahele ka khauta, ’me ba jare tafole ka tsona.+
29 “U etse lijana tsa eona le linoelo tsa eona le lijeke tsa eona le likotlolo tsa eona tseo ba tla tšela linyehelo tse mokelikeli ka tsona. U tla li etsa ka khauta e hloekileng.+ 30 U behe bohobe ba pontšo holim ’a tafole ka pel’a ka kamehla.+
31 “U etse seluloana sa lebone ka khauta e hloekileng. Seluloana sa lebone se tehoe ka hamore.+ Bokatlaase ba sona, makala a sona, likhakeletsi tsa sona, likotola tsa sona le lithunthung tsa sona li hlahelle ho sona. 32 Makala a tšeletseng a hlahella mahlakoreng a sona, makala a mararo a seluloana sa lebone ka lehlakoreng le leng la sona le makala a mararo ka lehlakoreng le leng la sona.+ 33 Likhakeletsi tse tharo tse bōpehileng joaloka lipalesa tsa almonde li sehlopheng se le seng sa makala, ’me likotola le lithunthung lia fapanyetsana, ’me likhakeletsi tse tharo tse bōpehileng joaloka lipalesa tsa almonde li sehlopheng se seng sa makala, ’me likotola le lithunthung lia fapanyetsana.+ Ena ke tsela eo makala a tšeletseng a hlahellang seluloaneng sa lebone a leng ka eona. 34 Seluloaneng sa lebone ho na le likhakeletsi tse ’nè tse bōpehileng joaloka almonde, ’me likotola tsa sona le lithunthung tsa sona lia fapanyetsana.+ 35 Kotola e tlas’a makala a mabeli e hlahella ho sona le kotola e tlas’a makala a mang a mabeli e hlahella ho sona le kotola e tlas’a makala a mang hape a mabeli e hlahella ho sona, bakeng sa makala a tšeletseng a hlahellang seluloaneng sa lebone.+ 36 Likotola tsa sona le makala a sona li lokela ho hlahella ho sona. Kaofela ha tsona ke ntho e le ’ngoe e teiloeng ka hamore, ea khauta e hloekileng.+ 37 U se etsetse mabone a supileng; mabone a hotetsoe, ’me a khanyetse sebaka se ka pel’a ’ona.+ 38 Matlao a sona le lipane tsa sona tsa mollo e be tsa khauta e hloekileng.+ 39 Tsona hammoho le lisebelisoa tsena tsohle tsa sona o lokela ho li etsa ka talenta ea khauta e hloekileng. 40 U tiise hore u li etsa ho latela mohlala oa tsona oo u ileng ua o bontšoa thabeng.+
26 “U tla etsa tabernakele ka masela a tente a leshome,+ a line ea boleng bo botle e lohiloeng le tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase.+ A be le likerubime,+ ’me u li etse e le mosebetsi o entsoeng ke mokhabisi ea rokellang. 2 Bolelele ba lesela ka leng la tente ke litsoe tse mashome a mabeli a metso e robeli ’me bophara ba lesela ka leng la tente ke litsoe tse ’nè. Ho na le tekanyo e le ’ngoe bakeng sa masela ’ohle a tente.+ 3 Masela a mahlano a tente a lokela ho koloka ’me a kopanngoe, ’me masela a mang a tente a mahlano a lokela ho koloka ’me a kopanngoe.+ 4 U etse likhoketsane tsa tšoele e putsoa mophethong oa lesela la tente le qetellong ea masela a kolokileng; ’me u etse se tšoanang mophethong oa lesela la ho qetela la tente moo mophetho o mong o leng teng.+ 5 U tla etsa likhoketsane tse mashome a mahlano leseleng le leng la tente, ’me u tla etsa likhoketsane tse mashome a mahlano qetellong ea lesela le leng la tente le mophethong o mong, likhoketsane li shebane.+ 6 U etse lihakisi tse mashome a mahlano tsa khauta ’me u kopanye masela a tente ka lihakisi, ’me e be tabernakele e le ’ngoe.+
7 “U etse masela ka boea ba pōli+ bakeng sa tente e holim ’a tabernakele. U tla etsa masela a tente a leshome le motso o mong. 8 Bolelele ba lesela ka leng la tente ke litsoe tse mashome a mararo,+ ’me bophara ba lesela ka leng la tente ke litsoe tse ’nè. Ho na le tekanyo e le ’ngoe bakeng sa masela a tente a leshome le motso o mong. 9 U kopanye masela a mahlano a tente a le mang le masela a tšeletseng a tente a le mang,+ ’me u mene habeli lesela la botšelela la tente karolong e ka pele ea tente. 10 U etse likhoketsane tse mashome a mahlano mophethong oa lesela le leng la tente, le qetellong ea masela a kolokileng, le likhoketsane tse mashome a mahlano mophethong oa lesela la tente moo ho nang le mophetho o mong. 11 U etse likhoketsane tse mashome a mahlano tsa koporo+ ’me u behe lihakisi likhoketsaneng ’me u kopanye tente, e be ’ngoe.+ 12 Se salang maseleng a tente e tla ba lesela le tla lepella. Halofo ea lesela la tente le salang e tla lepella karolong e ka morao ea tabernakele. 13 Setsoe ka lehlakoreng lena le setsoe ka lehlakoreng lane ho se salang boleleleng ba masela a tente e tla ba lesela le lepellang mahlakoreng a tabernakele, ho e koahela ka lehlakoreng lena le lane.
14 “U etse sekoahelo sa areka ka matlalo a lipheleu a fetotsoeng ’mala hore a be mafubelu le sekoahelo sa matlalo a liqibi ka holimo.
15 “U etsetse tabernakele liforeimi+ ka lehong la leoka, li emisoe. 16 Bolelele ba foreimi ke litsoe tse leshome, ’me bophara ba foreimi ka ’ngoe ke setsoe le halofo. 17 Foreimi ka ’ngoe e na le likarolo tse peli tse khohlelang tse kopantsoeng. Ke tsela eo u tla etsa ka eona ka liforeimi tsohle tsa tabernakele. 18 U etse liforeimi tsa tabernakele, liforeimi tse mashome a mane bakeng sa lehlakore le nģ’a Negebe, ka boroa.
19 “U tla etsa litšehetso tse sekoti+ tsa silevera tse mashome a mane tlas’a liforeimi tse mashome a mabeli; litšehetso tse sekoti tse peli tlas’a foreimi hammoho le likarolo tsa eona tse peli tse khohlelang, le litšehetso tse sekoti tse peli tlas’a foreimi e ’ngoe hammoho le likarolo tsa eona tse peli tse khohlelang. 20 Bakeng sa lehlakore le leng la tabernakele, lehlakore le ka leboea, e be liforeimi tse mashome a mabeli,+ 21 le litšehetso tsa tsona tse sekoti tsa silevera tse mashome a mane, litšehetso tse peli tse sekoti tlas’a foreimi e ’ngoe le litšehetso tse peli tse sekoti tlas’a foreimi e ’ngoe.+ 22 Bakeng sa likarolo tse ka morao tsa tabernakele ka bophirimela u tla etsa liforeimi tse tšeletseng.+ 23 U tla etsa liforeimi tse peli e le lipalo tse hukung tsa tabernakele+ likarolong tsa eona tse peli tse ka morao. 24 Li lokela ho tšoana hantle ka tlaase, ’me hammoho li lokela ho tšoana hantle ho ea fihla holimo tlhōrōng ea tsona moheleng oa pele. Ke tsela eo li tla ba ka eona ka bobeli ba tsona. E tla ba lipalo tse peli tse hukung. 25 Ho be le liforeimi tse robeli le litšehetso tsa tsona tse sekoti tsa silevera, litšehetso tse leshome le metso e tšeletseng, litšehetso tse peli tse sekoti tlas’a foreimi e ’ngoe le litšehetso tse peli tse sekoti tlas’a foreimi e ’ngoe.
26 “U etse maballo a lehong la leoka,+ a mahlano bakeng sa liforeimi ka lehlakoreng le leng la tabernakele, 27 le maballo a mahlano bakeng sa liforeimi ka lehlakoreng le leng la tabernakele le maballo a mahlano bakeng sa liforeimi lehlakoreng la tabernakele bakeng sa likarolo tse peli tse ka morao ka bophirimela.+ 28 Leballo le bohareng ba liforeimi le phunyeletsa ho tloha pheletsong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe.
29 “U tla koahela liforeimi ka khauta,+ ’me u tla etsa mehele ea tsona ka khauta e le litšehetso bakeng sa maballo; u koahele maballo ka khauta. 30 U hlome tabernakele ho ea ka polane ea eona eo u e bontšitsoeng thabeng.+
31 “U etse lesira+ la tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle e lohiloeng. U tla le etsa le e-na le likerubime,+ tseo e leng mosebetsi oa mokhabisi ea rokellang. 32 U le behe holim ’a litšiea tse ’nè tsa leoka tse koahetsoeng ka khauta. Lithakhisa tsa tsona ke tsa khauta. Li holim ’a litšehetso tse ’nè tse sekoti tsa silevera. 33 U kenye lesira tlas’a lihakisi ’me u behe areka ea bopaki+ ka har’a lesira; ’me lesira le tla le etsetsa karohano pakeng tsa Sehalalelo+ le Sehalalelisiso.+ 34 U behe sekoahelo holim ’a areka ea bopaki ka har’a Sehalalelisiso.
35 “U behe tafole ka ntle ho lesira, le seluloana sa lebone+ mabapa le tafole lehlakoreng la tabernakele ka nģ’a boroa; u tla beha tafole lehlakoreng le ka leboea. 36 U etse lesira+ bakeng sa monyako oa tente ka tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle e lohiloeng, tse entsoeng ke selohi. 37 U etsetse litšiea tse hlano tsa leoka lesira ’me u li koahele ka khauta. Lithakhisa tsa tsona ke tsa khauta. U li etsetse litšehetso tse hlano tse sekoti tsa koporo.
27 “U etse aletare ea lehong la leoka, e be bolelele ba litsoe tse hlano le bophara ba litsoe tse hlano. Aletare+ e lokela hore e be le mahlakore a mane a lekanang, ’me bophahamo ba eona e be litsoe tse tharo. 2 U etse manaka+ a eona likhutlong tsa eona tse ’nè. Manaka a eona a tla hlahella ho eona, ’me u e koahele ka koporo.+ 3 U etse maleke a eona bakeng sa ho tlosa molora oa eona o mafura, le likharafu tsa eona, le likotlolo tsa eona, le lifereko tsa eona, le lipane tsa eona tsa mollo; u tla etsa lisebelisoa tsohle tsa eona ka koporo.+ 4 U e etsetse sefe, letlooa+ la koporo; ’me holim ’a sefe u etse mehele e mene ea koporo lintlheng tsa eona tse ’nè. 5 U e behe tlas’a foreimi ea aletare tlaase ka hare, ’me letlooa le be nģ’a bohareng ba aletare.+ 6 U etse lipalo bakeng sa aletare, lipalo tsa eona e be tsa lehong la leoka, ’me u li koahele ka koporo.+ 7 Lipalo tsa eona li kenngoe meheleng, ’me lipalo li be mahlakoreng a mabeli a aletare ha e jaroa.+ 8 U tla e etsa e le lebokose le bulehileng la mapolanka. Feela joalokaha a u bontšitse thabeng, ba tla e etsa joalo.+
9 “U etse lebala+ la tabernakele. Bakeng sa lehlakore le ka nģ’a Negebe, ka boroa, lebala le na le masela a lepeletseng a line ea boleng bo botle,+ lehlakore le leng le bolelele ba litsoe tse lekholo. 10 Litšiea tsa lona tse mashome a mabeli le litšehetso tsa tsona tse sekoti tse mashome a mabeli ke tsa koporo. Lithakhisa tsa litšiea le mateano a tsona e be tsa silevera.+ 11 Ho joalo le bakeng sa lehlakore le ka leboea ka bolelele, masela a lepeletseng a bolelele ba litsoe tse lekholo, ’me litšiea tsa ’ona tse mashome a mabeli le litšehetso tsa tsona tse sekoti tse mashome a mabeli e be tsa koporo, lithakhisa tsa litšiea le mateano a tsona e be a silevera.+ 12 Ha e le bophara ba lebala, ka lehlakoreng le ka bophirimela masela a lepeletseng ke litsoe tse mashome a mahlano, litšiea tsa ’ona li leshome ’me litšehetso tsa tsona tse sekoti li leshome.+ 13 Bophara ba lebala ka lehlakoreng le ka bochabela ka nģ’a bochaba-tsatsi ke litsoe tse mashome a mahlano.+ 14 Ho na le masela a lepeletseng a litsoe tse leshome le metso e mehlano ka lehlakoreng le le leng, litšiea tsa ’ona li tharo ’me litšehetso tsa tsona tse sekoti li tharo.+ 15 Bakeng sa lehlakore le leng ho na le masela a lepeletseng a litsoe tse leshome le metso e mehlano, litšiea tsa ’ona li tharo le litšehetso tsa tsona tse sekoti li tharo.+
16 “Bakeng sa heke ea lebala ho na le lesira le bolelele ba litsoe tse mashome a mabeli, la tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle e lohiloeng, tse entsoeng ke selohi,+ litšiea tsa ’ona li ’nè ’me litšehetso tsa tsona li ’nè.+ 17 Litšiea tsohle tsa lebala ho potoloha li na le lintho tse li tlamellang tsa silevera, ’me lithakhisa tsa tsona ke tsa silevera empa litšehetso tsa tsona tse sekoti ke tsa koporo.+ 18 Bolelele ba lebala ke litsoe tse lekholo,+ bophara ke litsoe tse mashome a mahlano, bophahamo ke litsoe tse hlano, tsa line ea boleng bo botle e lohiloeng, ’me litšehetso tsa tsona tse sekoti ke tsa koporo. 19 Lisebelisoa tsohle tsa tabernakele tse sebelisoang tšebeletsong eohle ea eona, le lithakhisa tsohle tsa eona tsa tente, le lithakhisa tsohle tsa lebala ke tsa koporo.+
20 “Ha e le uena, u laele bara ba Iseraele hore ba u fumanele oli e hloekileng, ea mohloaare o tutsoeng bakeng sa lebone, e le hore mabone a hotetsoe kamehla.+ 21 Tenteng ea pokano, ka ntle ho lesira+ le pel’a Bopaki, Arone le bara ba hae ba tla le hlophisa ho tloha ka shoalane ho fihlela hoseng ka pel’a Jehova.+ Ke taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang bakeng sa meloko ea bona,+ e tla phethoa ke bara ba Iseraele.+
28 “Ha e le uena, atametsa moholoane oa hao Arone ho uena hammoho le bara ba hae har’a bara ba Iseraele e le hore a ka sebeletsa e le moprista oa ka,+ Arone,+ Nadabe le Abihu,+ Eleazare le Ithamare,+ bara ba Arone. 2 U etsetse moholoane oa hao Arone liaparo tse halalelang, bakeng sa khanya le botle.+ 3 U tla bua le bohle ba bohlale ba nang le pelo eo ke e tlatsitseng moea oa bohlale,+ ’me ba etse liaparo tsa Arone bakeng sa ho mo halaletsa, e le hore a ka sebeletsa e le moprista oa ka.+
4 “Tsena ke liaparo tseo ba tla li etsa: kotla ea sefuba,+ le efoda+ le seaparo se se nang matsoho+ le seaparo se selelele sa ka holimo se sekoche, tuku+ le leqhama;+ ba etsetse moholoane oa hao Arone le bara ba hae liaparo tse halalelang, e le hore a ka sebeletsa e le moprista oa ka. 5 Ba tla nka khauta le tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle.
6 “Ba etse efoda ea khauta, tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu, khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle e lohiloeng, e be mosebetsi oa mokhabisi ea rokellang.+ 7 E lokela ho ba le masela a mabeli a mahetleng a tla kopanngoa lintlheng tse peli tsa eona, ’me e kopanngoe.+ 8 Senyepa,+ se ho eona bakeng sa ho e tlama ka thata, ho ea ka moetso oa sona e lokela ho ba sa lintho tseo e entsoeng ka tsona, khauta, tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle e lohiloeng.
9 “U nke majoe a mabeli a onyxe+ ’me u ngole+ mabitso a bara ba Iseraele+ holim ’a ’ona ka ho a fata, 10 mabitso a bona a tšeletseng holim ’a lejoe le leng le mabitso a tšeletseng a ba setseng holim ’a lejoe le leng ka tatellano ea tsoalo ea bona.+ 11 U tla ngola mabitso a bara ba Iseraele+ ka ho a fata majoeng a mabeli e le mosebetsi oa setsebi sa ho betla lejoe, ka mongolo o fatiloeng o kang oa tiiso. U tla a etsa a hlomiloe liluloaneng tsa khauta.+ 12 U behe majoe a mabeli holim ’a masela a efoda a mahetleng e le majoe a sehopotso ho bara ba Iseraele;+ ’me Arone a jare mabitso a bona ka pel’a Jehova holim ’a masela a hae a mabeli a mahetleng e le sehopotso. 13 U etse liluloana tsa khauta, 14 le liketane tse peli tsa khauta e hloekileng.+ U li etse e le lithapo, ka moetso oa ropo; ’me u hokelle liketane tse kang ropo liluloaneng.+
15 “U etse kotla ea sefuba ea kahlolo+ e le mosebetsi oa mokhabisi ea rokellang. U tla e etsa joaloka efoda. U tla e etsa ka khauta, tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle e lohiloeng.+ 16 E be le mahlakore a mane a lekanang ha e menoa, bolelele ba eona e be boahlamo ba seatla ’me bophara ba eona e be boahlamo ba seatla.+ 17 U e tlatse ka majoe, ho be le mela e mene ea majoe.+ Mola oa pele e be oa rubi,+ topaze+ le emeralde.+ 18 Mola oa bobeli e be oa thekoise,+ safire+ le jaspere.+ 19 Mola oa boraro e be oa lejoe la leshem, agate+ le amethyste.+ 20 Mola oa bone e be oa krysolite+ le onyxe+ le jade. Liluloana tsa khauta li tšeloe likhetšeng tsa ’ona.+ 21 Majoe a be ho ea ka mabitso a bara ba Iseraele, ba leshome le metso e ’meli ho ea ka mabitso a bona.+ A ngoloe ka mongolo o fatiloeng o kang oa tiiso, le leng le le leng ho ea ka lebitso la lona, bakeng sa meloko e leshome le metso e ’meli.+
22 “Holim ’a kotla ea sefuba u etse liketane tse lohiloeng, ka moloho oa liropo, tsa khauta e hloekileng.+ 23 Holim ’a kotla ea sefuba u etse mehele e ’meli ea khauta,+ ’me u behe mehele e ’meli lintlheng tse peli tsa kotla ea sefuba. 24 U kenye liropo tse peli tsa khauta meheleng e ’meli e lintlheng tsa kotla ea sefuba.+ 25 U tla kenya lintlha tse peli tsa liropo tse peli liluloaneng tse peli, ’me u li behe holim ’a masela a mabeli a mahetla a efoda, karolong ea ’ona e ka pele.+ 26 U etse mehele e ’meli ea khauta ’me u e behe lintlheng tse peli tsa kotla ea sefuba mophethong oa eona o lehlakoreng ho elella ka hare ho efoda.+ 27 U etse mehele e ’meli ea khauta ’me u e behe holim ’a masela a mabeli a mahetla a efoda ho tloha ka tlaase, karolong ea ’ona e ka holimo, haufi le moo a kopanang teng, holim ’a senyepa sa efoda.+ 28 Ba tla tlamella kotla ea sefuba ka mehele ea eona meheleng ea efoda ka khoele e putsoa, e le hore e lule holim ’a senyepa sa efoda ’me kotla ea sefuba e se ke ea tloha holim ’a efoda.+
29 “Arone a jare mabitso a bara ba Iseraele kotleng ea sefuba ea kahlolo holim ’a pelo ea hae ha a kena ka Sehalalelong e le sehopotso ka pel’a Jehova kamehla. 30 U kenye Urime+ le Thumime ka har’a kotla ea sefuba ea kahlolo, ’me li tla ba holim ’a pelo ea Arone ha a kena ka pel’a Jehova; Arone a jare likahlolo+ tsa bara ba Iseraele holim ’a pelo ea hae ka pel’a Jehova kamehla.
31 “U etse seaparo se se nang matsoho sa efoda kaofela ka tšoele e putsoa.+ 32 ’Me ho be le lesoba karolong ea sona e holimo bohareng ba sona. Lesoba la sona le be le lemeno ka hohle, le entsoeng ke ea sebetsang ka foreimi e etsang masela. Le be joaloka lesoba la seaparo se makhakhapha sa tšepe, e le hore se se ke sa taboha.+ 33 Holim ’a lemeno la sona u etse likharenate tsa tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase, lemenong la sona ho potoloha, le mangenengene+ a khauta pakeng tsa tsona ho potoloha; 34 lengenengene la khauta le kharenate, lengenengene la khauta le kharenate holim ’a lemeno la seaparo se se nang matsoho ho potoloha.+ 35 Se aparoe ke Arone e le hore a ka sebeletsa, ’me molumo o tsoang ho eena o utloahale ha a kena ka sehalalelong ka pel’a Jehova le ha a tsoa, e le hore a se ke a shoa.+
36 “U etse lekapa le benyang la khauta e hloekileng ’me u ngole holim ’a lona ka mongolo o fatiloeng o kang oa tiiso, ‘Khalalelo ke ea Jehova.’+ 37 U le tlamelle ka khoele e putsoa, ’me le be holim ’a tuku.+ Le be karolong e ka pele ea tuku. 38 Le be phatleng ea Arone, ’me Arone a arabelle phoso e entsoeng khahlanong le lintho tse halalelang,+ tseo bara ba Iseraele ba tla li halaletsa, ke ho re, limpho tsohle tsa bona tse halalelang; ’me le lule phatleng ea hae kamehla, ho ba fumanela kamohelo+ ka pel’a Jehova.
39 “U lohe seaparo se selelele sa ka holimo sa line ea boleng bo botle hore se be sekoche ’me u etse tuku ea line ea boleng bo botle,+ ’me u tla etsa leqhama,+ e be mosebetsi oa selohi.
40 “U tla etsetsa bara ba Arone liaparo tse telele tsa ka holimo,+ ’me u ba etsetse maqhama, u tla ba etsetsa se roaloang hloohong+ bakeng sa khanya le botle.+ 41 U li apese moholoane oa hao Arone hammoho le bara ba hae, ’me u ba tlotse+ u tlatse matsoho a bona ka matla+ ’me u ba halaletse, ba sebeletse e le baprista ba ka. 42 U ba etsetse maqapa a line hore ba koahele nama e hlobotseng.+ A tla theoha ho tloha lethekeng ho ea fihla seropeng. 43 A aparoe ke Arone le bara ba hae ha ba kena ka tenteng ea pokano kapa ha ba atamela aletare ho sebeletsa sebakeng se halalelang, e le hore ba se ke ba itlisetsa phoso ’me ka sebele ba shoa. Ke taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang bakeng sa hae le bana ba hae ka mor’a hae.+
29 “Ena ke ntho eo u tla e etsa ho bona ho ba halaletsa hore ba sebeletse e le baprista ba ka: Nka pohoana, le lipheleu tse peli,+ tse phetseng hantle,+ 2 le bohobe bo sa lomosoang le bohobe bo lesoba hare bo sa lomosoang bo kolobisitsoeng ka oli le liphaphatha tse sa lomosoang tse tlotsitsoeng ka oli.+ U li etse ka phofo e thumisehileng ea koro. 3 U li kenye ka basketeng ’me u li hlahise ka basketeng,+ le poho le lipheleu tse peli.
4 “U tla hlahisa Arone le bara ba hae monyako+ oa tente ea pokano, ’me u ba hlatsoe ka metsi.+ 5 Joale u nke liaparo+ ’me u apese Arone seaparo se selelele sa ka holimo le seaparo se se nang matsoho sa efoda le efoda le kotla ea sefuba, ’me u e tlamelle ka thata ka leqhama la efoda.+ 6 U mo roese tuku hloohong ’me u behe pontšo e halalelang ea boinehelo holim ’a tuku.+ 7 U nke oli e tlotsang+ u e tšele hloohong ea hae ’me u mo tlotse.+
8 “Joale u tla atametsa bara ba hae ’me u ba apese liaparo tse telele tsa ka holimo.+ 9 U ba tlame ka maqhama, Arone hammoho le bara ba hae, ’me u ba thatele ka se roaloang hloohong; ’me boprista e be ba bona e le taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ Kahoo u tlatse letsoho la Arone le matsoho a bara ba hae ka matla.+
10 “Joale u hlahise poho ka pel’a tente ea pokano, ’me Arone le bara ba hae ba behe matsoho hloohong ea poho.+ 11 U hlabe poho eo ka pel’a Jehova, monyako oa tente ea pokano.+ 12 U nke mali a mang a poho+ ’me u a tlotse ka monoana oa hao manakeng a aletare,+ ’me mali a mang kaofela u a tšollele karolong e ka tlaase ea aletare.+ 13 U nke mafura+ ’ohle a koahelang mala,+ le karolo e leketlileng sebeteng,+ le liphio tse peli le mafura a holim ’a tsona, ’me u etse hore li kubelle holim ’a aletare.+ 14 Empa u tla chesetsa nama ea poho le letlalo la eona le bolokoe ba eona ka ntle ho liahelo.+ Ke nyehelo ea sebe.
15 “Joale u tla nka pheleu e ’ngoe,+ ’me Arone le bara ba hae ba behe matsoho a bona hloohong ea pheleu.+ 16 U hlabe pheleu ’me u nke mali a eona u a fafatse ho potoloha aletare.+ 17 U tla khabela pheleu likotoana, ’me u hlatsoe mala+ a eona le litlhakoana tsa eona ’me u behe likotoana tsa eona li bapelane ho fihlela hloohong ea eona. 18 U etse hore pheleu eohle e kubelle holim ’a aletare. Ke nyehelo ea secheso+ ea Jehova, monko o khathollang.+ Ke nyehelo e entsoeng ka mollo ea Jehova.
19 “Joale u nke pheleu e ’ngoe, ’me Arone le bara ba hae ba behe matsoho a bona hloohong ea pheleu.+ 20 U hlabe pheleu ’me u nke mali a mang a eona u a tlotse ntlheng ea tsebe ea Arone e tona le ntlheng ea litsebe tsa bara ba hae tse tona le menoaneng e metona ea matsoho a bona a matona le menoaneng e metona ea maoto a bona a matona,+ ’me u fafatse mali ho potoloha aletare. 21 U nke mali a mang a holim ’a aletare le oli e tlotsang,+ ’me u li fafatse holim ’a Arone le liaparong tsa hae le ho bara ba hae le liaparong tsa bara ba hae bao a nang le bona, e le hore eena le liaparo tsa hae le bara ba hae le liaparo tsa bara ba hae ba ka halalela.+
22 “Pheleung u nke mafura le mohatla o mafura+ le mafura a koahelang mala, le karolo e leketlileng sebeteng, le liphio tse peli le mafura a ho tsona, le leoto le letona,+ kaha ke pheleu ea tlhomamiso;+ 23 le polokoe ea bohobe le bohobe bo lesoba hare bo nang le oli le sephaphatha se tsoang basketeng ea mahobe a sa lomosoang e ka pel’a Jehova.+ 24 U behe tsohle liatleng tsa Arone le liatleng tsa bara ba hae,+ ’me u li tsokele koana le koana e le nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova.+ 25 U li tlose matsohong a bona ’me u etse hore li kubelle aletareng holim ’a nyehelo ea secheso e le monko o khathollang ka pel’a Jehova.+ Ke nyehelo e entsoeng ka mollo ea Jehova.+
26 “U nke sefuba sa pheleu ea tlhomamiso,+ bakeng sa Arone, ’me u se tsokele koana le koana e le nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova, ’me e be kabelo ea hao. 27 U halaletse sefuba+ sa nyehelo e tsokoang le leoto la karolo e halalelang e ileng ea tsokoa le e ileng ea neheloa e tsoa pheleung ea tlhomamiso,+ ho seo e leng sa Arone le seo e leng sa bara ba hae. 28 E be tsa Arone le bara ba hae ka molao oa tsamaiso ho isa nakong e sa lekanyetsoang o tla phethoa ke bara ba Iseraele, hobane ke karolo e halalelang;+ ’me e tla ba karolo e halalelang e tla fanoa ke bara ba Iseraele. Ke karolo ea bona e halalelang bakeng sa Jehova e tsoang mahlabelong a bona a kopanetsoeng.+
29 “Liaparo tse halalelang+ tsa Arone e tla ba tsa bara ba hae+ ka mor’a hae ho ba tlotsa+ ha ba li apere le ho tlatsa matsoho a bona ka matla ha ba li apere.+ 30 Moprista ea mo hlahlamang har’a bara ba hae le ea tlang tenteng ea pokano ho sebeletsa sebakeng se halalelang o tla li apara ka matsatsi a supileng.+
31 “U tla nka pheleu ea tlhomamiso, ’me u phehe nama ea eona sebakeng se halalelang.+ 32 Arone le bara ba hae ba jelle+ nama ea pheleu le bohobe bo ka basketeng monyako oa tente ea pokano. 33 Ba je lintho tseo ho koahetsoeng libe ka tsona bakeng sa ho tlatsa matsoho a bona ka matla, bakeng sa ho ba halaletsa.+ Empa osele a se ke a li ja, hobane ke lintho tse halalelang.+ 34 Haeba leha e le efe ea nama ea sehlabelo sa tlhomamiso le bohobe e ka sala ho fihlela hoseng, joale u chese e setseng ka mollo.+ E se ke ea jeoa, hobane ke ntho e halalelang.
35 “U etse ka tsela ena ho Arone le bara ba hae ho ea ka sohle seo ke u laetseng sona.+ U tla nka matsatsi a supileng ho tlatsa matsoho a bona ka matla.+ 36 U tla nyehela poho ea nyehelo ea sebe letsatsi le leng le le leng bakeng sa ho koahela libe,+ ’me u hloekise aletare sebeng ka ho koahela libe holim ’a eona, ’me u e tlotse+ hore u e halaletse. 37 U tla nka matsatsi a supileng bakeng sa ho koahela libe aletareng, ’me u e halaletse+ e le hore ruri e be aletare e halalelang ka ho fetisisa.+ Mang kapa mang ea amang aletare o tla halalela.+
38 “Sena ke seo u tla se nyehela aletareng: lipheleu tse nyenyane tseo ka ’ngoe ea tsona e nang le selemo, tse peli ka letsatsi kamehla.+ 39 U tla nyehela pheleu e ’ngoe e nyenyane hoseng,+ ’me u nyehele pheleu e ’ngoe e nyenyane pakeng tsa lishoalane tse peli.+ 40 Karolo ea leshome ea tekanyo ea efa ea phofo e thumisehileng+ e kolobisitsoeng ka karolo ea bone ea hine ea oli e tutsoeng, le nyehelo ea seno+ ea karolo ea bone ea hine ea veine, li tla tsamaea le pheleu ea pele e nyenyane. 41 U tla nyehela pheleu ea bobeli e nyenyane pakeng tsa lishoalane tse peli. Hammoho le nyehelo ea lijo-thollo+ e kang ea hoseng le nyehelo ea seno e kang ea hoseng, u tla e nyehela e le monko o khathollang, nyehelo e entsoeng ka mollo ea Jehova. 42 Ke nyehelo ea secheso ea kamehla+ melokong eohle ea lōna monyako oa tente ea pokano ka pel’a Jehova, moo ke tla itlhahisa ho lōna ho bua le lōna teng.+
43 “Ke tla itlhahisa moo ho bara ba Iseraele, ’me ka sebele e tla halaletsoa ke khanya ea ka.+ 44 Ke tla halaletsa tente ea pokano le aletare; ’me ke tla halaletsa+ Arone le bara ba hae hore ba sebeletse e le baprista ba ka. 45 Ke tla lula ka nakoana har’a bara ba Iseraele, ’me ke tla ba Molimo oa bona.+ 46 Ka sebele ba tla tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa bona, ea ba ntšitseng naheng ea Egepeta hore ke lule har’a bona ka nakoana.+ Ke ’na Jehova Molimo oa bona.+
30 “U etse aletare e le sebaka seo ho chesetsoang libano ho sona;+ u tla e etsa ka lehong la leoka. 2 E be bolelele ba setsoe le bophara ba setsoe, e be le mahlakore a mane a lekanang, ’me bophahamo ba eona e be litsoe tse peli. Manaka a eona a hlahelle ho eona.+ 3 U e koahele ka khauta e hloekileng, bokaholimo ba eona le mahlakore a eona ho potoloha le manaka a eona; ’me u e etsetse mophetho oa khauta ho e potoloha.+ 4 Hape u tla e etsetsa mehele e ’meli ea khauta. U tla e etsa tlaase mophethong oa eona mahlakoreng a eona a mabeli, mahlakoreng a eona a mabeli a shebaneng, kaha ke litšehetso bakeng sa lipalo tseo e tla jaroa ka tsona.+ 5 U etse lipalo tsa lehong la leoka ’me u li koahele ka khauta.+ 6 U li behe ka pel’a lesira le haufi le areka ea bopaki,+ ka pel’a sekoahelo se holim ’a Bopaki, moo ke tla itlhahisa ho uena teng.+
7 “Arone a etse hore libano+ tse nkhang hamonate li kubelle holim ’a eona.+ Hoseng ho hong le ho hong, ha a hlophisa mabone,+ o tla etsa hore li kubelle. 8 Ha Arone a khantša mabone pakeng tsa lishoalane tse peli, o tla etsa hore li kubelle. Ke libano tsa kamehla ka pel’a Jehova melokong ea lōna. 9 Le se ke la nyehela libano+ tseo e seng tsa molao kapa nyehelo ea secheso kapa nyehelo ea lijo-thollo holim ’a eona; ’me le se ke la tšela nyehelo ea seno holim ’a eona. 10 Arone a koahele libe holim ’a manaka a eona hang ka selemo.+ Ka mali a mang a nyehelo ea sebe+ e koahelang libe o tla koahela libe tsa eona hang ka selemo melokong ea lōna. E halalela ka ho fetisisa ho Jehova.”
11 Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe, a re: 12 “Neng kapa neng ha u bala bara ba Iseraele e le palo ea bona,+ joale e mong le e mong a fane ka thekollo bakeng sa moea oa hae ho Jehova ha ba baloa,+ e le hore ba se ke ba hlaheloa ke kotlo leha e le efe ha ba baloa.+ 13 Sena ke seo bohle ba fetelang ho ba baliloeng ba tla fana ka sona: halofo ea shekele ka shekele ea sebaka se halalelang.+ Ligera tse mashome a mabeli li lekana le shekele. Halofo ea shekele ke monehelo oa Jehova.+ 14 E mong le e mong ea fetelang ho ba ngolisitsoeng ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo o tla fana ka monehelo oa Jehova.+ 15 Ea ruileng ha aa lokela ho ntša ho fetang, ’me ea tlaase a se ke a fana ka ho ka tlaase ho halofo ea shekele,+ e le hore ho fanoe ka monehelo oa Jehova bakeng sa ho koahela libe tsa meea ea lōna.+ 16 U nke chelete ea silevera ea ho koahela libe ho bara ba Iseraele ’me u fane ka eona bakeng sa tšebeletso ea tente ea pokano,+ e le hore e ka ba sehopotso ka pel’a Jehova ho bara ba Iseraele, ho koahela libe tsa meea ea lōna.”
17 Jehova a bua ka ho eketsehileng le Moshe, a re: 18 “U etse beisine ea koporo le seluloana sa eona sa koporo bakeng sa ho itlhatsoa,+ ’me u e behe pakeng tsa tente ea pokano le aletare ’me u tšele metsi ka har’a eona.+ 19 Arone le bara ba hae ba itlhatsoetse matsoho le maoto ka har’a eona.+ 20 Ha ba kena ka tenteng ea pokano ba tla itlhatsoa ka metsi hore ba se ke ba shoa, kapa ha ba atamela aletare ho sebeletsa e le ho etsa hore nyehelo e entsoeng ka mollo e kubelle ho Jehova.+ 21 Ba itlhatsoe matsoho le maoto e le hore ba se ke ba shoa,+ ’me hoo e be molao oa tsamaiso ho bona ho isa nakong e sa lekanyetsoang, bakeng sa hae le bana ba hae melokong eohle ea bona.”+
22 Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe, a re: 23 “Ha e le uena, inkele litlolo tse nkhang hamonate ka ho fetisisa:+ myra+ ka tekanyo ea marotholi a hoammeng a makholo a mahlano, le sinamone+ e monate ka halofo ea tekanyo eo, litekanyo tse makholo a mabeli le mashome a mahlano, le kalamase+ e monate ka litekanyo tse makholo a mabeli le mashome a mahlano, 24 le litekanyo tse makholo a mahlano tsa kasia+ ka shekele ea sebaka se halalelang,+ le hine ea oli ea mohloaare.+ 25 Joale u etse ka tsona oli e halalelang e tlotsang, mafura, motsoako oo e leng mosebetsi oa moetsi oa mafura.+ E tla ba oli e halalelang e tlotsang.+
26 “U tlotse tente ea pokano+ le areka ea bopaki ka eona, 27 le tafole le lisebelisoa tsohle tsa eona le seluloana sa lebone le lisebelisoa tsa sona le aletare ea libano, 28 le aletare ea nyehelo ea secheso le lisebelisoa tsohle tsa eona le sekotlolo le seluloana sa sona. 29 U li halaletse e le hore li halalele ka ho fetisisa.+ Mang kapa mang ea li amang o tla halalela.+ 30 U tla tlotsa Arone+ le bara ba hae,+ ’me u ba halaletse bakeng sa ho sebeletsa e le baprista ba ka.+
31 “U tla bua le bara ba Iseraele, u re, ‘Ena e tla tsoela pele e le oli e tlotsang e halalelang ho ’na melokong ea lōna.+ 32 E se ke ea tlotsoa nameng ea moloko oa batho, ’me le se ke la etsa motsoako o tšoanang le eona. Ke ntho e halalelang. E lokela ho tsoela pele e le ntho e halalelang ho lōna. 33 Mang kapa mang ea etsang mafura a tšoanang le eona le ea tlotsang osele ka ’ona o tla felisoa sechabeng sa habo.’”+
34 Jehova a tsoela pele ho re ho Moshe: “Inkele litlolo tse nkhang hamonate:+ marotholi a stakte le onyka le galbaname e nkhang hamonate le libano tse tšoeu tse hloekileng.+ Ho lokela hore ho be le karolo e lekanang ea se seng le se seng sa tsona. 35 U li etse libano,+ motsoako oa linōko, e le mosebetsi oa moetsi oa mafura, o nōkiloeng ka letsoai,+ o hloekileng, ntho e halalelang. 36 U tule o mong oa oona hore e be phofo e thumisehileng ’me u behe o mong oa oona ka pel’a Bopaki tenteng ea pokano,+ moo ke tla itlhahisa ho uena teng.+ E tla ba o halalelang ka ho fetisisa ho lōna. 37 Libano tseo u tla li etsa ka motsoako ona, le se ke la iketsetsa tsona.+ Ho lōna li lokela ho tsoela pele e le ntho e halalelang ho Jehova.+ 38 Mang kapa mang ea etsang o tšoanang le oona bakeng sa ho thabela monko oa oona o tla felisoa+ sechabeng sa habo.”
31 Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe, a re: 2 “Bona, ke bitsa Bezaliele+ ka lebitso mora oa Uri mora oa Hure oa moloko oa Juda.+ 3 Ke tla mo tlatsa moea oa Molimo ka bohlale le ka kutloisiso le ka tsebo le ka tsebo ea mofuta o mong le o mong ea mesebetsi ea matsoho,+ 4 bakeng sa ho qapa lisebelisoa, bakeng sa ho sebetsa ka khauta le silevera le koporo,+ 5 le ho sebetsa ka majoe ho a hloma+ le ho sebetsa ka lehong ho etsa lihlahisoa tsa mofuta o mong le o mong.+ 6 Ha e le ’na, bona! ke beha Oholiabe mora oa Ahisamake oa moloko oa Dane+ hammoho le eena, ’me pelong ea e mong le e mong ea nang le pelo e bohlale ke kenya bohlale, e le hore ruri ba etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke u laetseng eona:+ 7 tente ea pokano+ le Areka+ ea bopaki le sekoahelo se holim ’a+ eona, le lisebelisoa tsohle tsa tente, 8 le tafole le lisebelisoa tsa eona,+ le seluloana sa lebone sa khauta e hloekileng le lisebelisoa tsohle tsa sona,+ le aletare ea libano,+ 9 le aletare ea nyehelo ea secheso le lisebelisoa tsohle tsa eona,+ le beisine le seluloana sa eona,+ 10 le liaparo tse lohiloeng le liaparo tse halalelang bakeng sa moprista Arone le liaparo tsa bara ba hae bakeng sa ho sebetsa e le baprista;+ 11 le oli e tlotsang le libano tse nkhang hamonate bakeng sa sehalalelo.+ Ba tla etsa ho ea ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke u laetseng eona.”
12 Jehova a bua ka ho eketsehileng le Moshe: 13 “Ha e le uena, bua le bara ba Iseraele, u re, ‘Haholo-holo le lokela ho boloka lisabatha tsa ka,+ etsoe ke pontšo pakeng tsa ka le lōna melokong ea lōna hore le tsebe hore ke ’na Jehova ea le halaletsang.+ 14 Le boloke sabatha, etsoe ke ntho e halalelang ho lōna.+ Ea e hlomphollang ruri o tla bolaoa.+ Haeba ho e-na le mang kapa mang ea etsang mosebetsi ka eona, joale moea oo o tla felisoa har’a batho ba habo oona.+ 15 Mosebetsi o ka etsoa ka matsatsi a tšeletseng, empa ka letsatsi la bosupa ke sabatha ea phomolo e feletseng.+ Ke ntho e halalelang ho Jehova. Mang kapa mang ea etsang mosebetsi ka letsatsi la sabatha ruri o tla bolaoa. 16 Bara ba Iseraele ba boloke sabatha, e le hore ba phethe sabatha melokong ea bona. Ke selekane sa ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 17 Ke pontšo pakeng tsa ka le bara ba Iseraele ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ hobane Jehova o entse maholimo le lefatše ka matsatsi a tšeletseng ’me a phomola ka letsatsi la bosupa eaba o qala ho ikhatholla.’”+
18 Joale hang ha a qeta ho bua le eena Thabeng ea Sinai a fa Moshe matlapa a mabeli a Bopaki,+ matlapa a lejoe a ngotsoeng ka monoana oa Molimo.+
32 Khabareng sechaba sa bona hore Moshe o nka nako e telele ho theoha thabeng.+ Kahoo sechaba sa phuthehela ho Arone ’me sa re ho eena: “Ema, u re etsetse molimo ea tla re etella pele,+ hobane ha e le Moshe enoa, monna ea re eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta,+ ka sebele ha re tsebe se mo etsahaletseng.” 2 Arone a re ho sona: “Ntšang masale+ a khauta a litsebeng tsa basali ba lōna, le tsa bara ba lōna le tsa barali ba lōna ’me le a tlise ho ’na.” 3 Sechaba sohle sa qala ho ntša masale a khauta litsebeng tsa sona ’me sa a tlisa ho Arone. 4 A nka khauta matsohong a sona, ’me a e bōpa+ ka kofuto e betlang ’me a e etsa seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa sa namane.+ Eaba se qala ho re: “Enoa ke Molimo oa hao, Uena Iseraele, ea u eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta.”+
5 Ha Arone a bona sena, a qala ho haha aletare ka pel’a eona. Qetellong Arone a hoeletsa ’me a re: “Ho tla ba le mokete oa Jehova hosasane.” 6 Kahoo ka letsatsi le hlahlamang sa tsoha hoseng, ’me sa qala ho nyehela linyehelo tsa secheso le ho hlahisa mahlabelo a kopanetsoeng. Ka mor’a moo sechaba sa lula fatše ho ja le ho noa. Joale sa ema hore se ithabise.+
7 Joale Jehova a re ho Moshe: “Tsamaea, theoha, hobane sechaba sa heno seo u se eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta se entse ka mokhoa o senyehileng.+ 8 Se khelohile ka potlako tseleng eo ke se laetseng hore se tsamaee ka eona.+ Se iketselitse seemahale sa namane se entsoeng ka ho qhibilihisoa ’me se ntse se se inamela le ho se etsetsa mahlabelo le ho re, ‘Enoa ke Molimo oa hao, Uena Iseraele, ea u eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta.’”+ 9 Jehova a tsoela pele ho re ho Moshe: “Ke talimile sechaba sena ’me bona! ke sechaba se melala e sataletseng.+ 10 Kahoo joale ntlohele, hore bohale ba ka bo se tukele ’me ke se felise,+ ’me ke u etse sechaba se seholo.”+
11 Moshe a nolofatsa sefahleho sa Jehova Molimo+ oa hae ’me a re: “Ke hobane’ng, Jehova, ha bohale+ ba hao bo ka tukela sechaba sa hao seo u se ntšitseng naheng ea Egepeta ka matla a maholo le ka letsoho le matla? 12 Ke hobane’ng ha Baegepeta+ ba tla re, ‘O ba ntšitse ka morero o mobe e le hore a ba bolaele har’a lithaba le ho ba felisa holim ’a lefatše’?+ Bohla bohaleng+ ba hao bo tukang ’me u ikutloe u soabile+ ke bobe khahlanong le sechaba sa hao. 13 Hopola Abrahama, Isaka le Iseraele bahlanka ba hao, bao u ba hlapanyelitseng ka uena,+ ka hore u re ho bona, ‘Ke tla atisa peō ea lōna joaloka linaleli tsa maholimo,+ ’me naha ena eohle eo ke le bontšitseng eona ke tla e fa peō ea lōna,+ e le hore ruri e e rue ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’”+
14 Eaba Jehova o qala ho ikutloa a soabile ka lebaka la bobe boo a neng a boletse hore o tla bo etsa ho sechaba sa hae.+
15 Ka mor’a moo Moshe a reteleha ’me a theoha thabeng+ a nkile matlapa a mabeli a Bopaki+ letsohong la hae, matlapa a ngotsoeng ka mahlakoreng a mabeli. A ne a ngotsoe ka lehlakoreng lena le ka ho lane. 16 Matlapa e ne e le mosebetsi oa Molimo, ’me mongolo e ne e le mongolo oa Molimo o ngotsoeng ka ho fatoa holim ’a matlapa.+ 17 Eaba Joshua o qala ho utloa lerata la batho ka lebaka la ho hooa ha bona, eaba o re ho Moshe: “Ho na le lerata la ntoa+ liahelong.” 18 Empa a re:
“Hase molumo oa ho binela ketso e matla,+
Ebile hase molumo oa ho binela ho hlōloa;
Ke utloa molumo oa ’mino o mong.”
19 Kahoo eitse hang ha a fihla haufi le liahelo ’me a bona namane+ le metjeko, bohale ba Moshe ba qala ho tuka, ’me hang-hang a lahla matlapa a matsohong a hae ’me a a pshatla mosikong oa thaba.+ 20 Joale a nka namane eo ba e entseng eaba o e chesa mollong ’me o e silakanya ho fihlela e thumisehile,+ ka mor’a moo a e hasanya holim ’a metsi+ eaba o a noesa bara ba Iseraele.+ 21 Ka mor’a moo Moshe a re ho Arone: “Sechaba see se u entse’ng hore ebe u se tliselitse sebe se seholo hakaale?” 22 Eaba Arone o re: “Bohale ba morena oa ka bo se ke ba tuka. U tseba sechaba sena hantle, hore se sekametse bobeng.+ 23 Kahoo se ile sa re ho ’na, ‘Re etsetse molimo ea tla re etella pele,+ hobane ha e le Moshe enoa, monna ea re eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta, ka sebele ha re tsebe se mo etsahaletseng.’ 24 Kahoo ka re ho sona, ‘Ke bo-mang ba nang le khauta? Ba e ntše ho bona e le hore ba mphe eona.’ Eaba ke e lahlela mollong ’me ha tsoa namane ena.”
25 Eaba Moshe o bona hore sechaba se tsoile taolong, hobane Arone o ne a se lumeletse hore se tsoe taolong+ hore e be nyeliso har’a bahanyetsi ba sona.+ 26 Joale Moshe a ema hekeng ea liahelo ’me a re: “Ke mang ea ka lehlakoreng la Jehova? A tle ho ’na!”+ Eaba bara bohle ba Levi ba qala ho phuthehela ho eena. 27 Joale a re ho bona: “Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘E mong le e mong oa lōna a kenye sabole ea hae lehlakoreng la hae. Fetang ’me le khutle ho tloha hekeng e ’ngoe ho ea hekeng e ’ngoe liahelong ’me e mong le e mong a bolaee mor’abo le e mong le e mong a bolaee oa habo le e mong le e mong a bolaee motho eo a mo tloaetseng haholo.’”+ 28 Eaba bara ba Levi+ ba etsa joalokaha Moshe a boletse, hoo letsatsing leo ho ileng ha oa har’a sechaba banna ba ka bang likete tse tharo. 29 Eaba Moshe o tsoela pele ho re: “Tlatsang matsoho a lōna kajeno ka matla a Jehova,+ hobane e mong le e mong oa lōna o khahlanong le mora oa hae le mor’abo,+ e le hore a ka le hlohonolofatsa kajeno.”+
30 Ka letsatsi le hlahlamang Moshe a re ho sechaba: “Lōna—le entse sebe se seholo,+ ’me joale ke tla nyolohela ho Jehova. Mohlomong nka etsa puseletso bakeng sa sebe sa lōna.”+ 31 Kahoo Moshe a khutlela ho Jehova ’me a re: “Oho! empa sechaba sena se entse sebe se seholo, ka hore ebe se iketselitse molimo oa khauta!+ 32 Empa joale haeba u tla tšoarela sebe sa sona,+—’me haeba ho se joalo, ka kōpo, u ntlhakole+ bukeng+ ea hao eo u e ngotseng.” 33 Leha ho le joalo, Jehova a re ho Moshe: “Mang kapa mang ea ntšitetsoeng, ke tla mo hlakola bukeng ea ka.+ 34 Joale, tloo, etella sechaba pele ho ea moo ke u boleletseng teng. Bona! Lengeloi la ka le tla u etella pele,+ ’me letsatsing leo ke tlisang kahlolo ka lona ka sebele ke tla tlisa kahlolo bakeng sa sebe sa sona.”+ 35 Eaba Jehova o qala ho otla sechaba kahobane se entse namane, eo Arone a neng a e entse.+
33 Jehova a eketsa ka ho re ho Moshe: “Tsamaea, u tlohe mona, uena le sechaba seo u se eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta,+ u ee naheng eo ke e hlapanyelitseng Abrahama, Isaka le Jakobo, ka re, ‘Ke tla e fa peō ea hao.’+ 2 Ke tla romela lengeloi hore le u etelle pele+ ’me ke leleke Bakanana, Baamore, Bahethe le Bapereze, Baheve le Bajebuse;+ 3 u ee naheng e phallang lebese le mahe a linotši,+ etsoe nke ke ka nyoloha har’a lōna, hobane le sechaba se melala e sataletseng,+ e le hore ke tle ke se ke ka le felisa tseleng.”+
4 Ha sechaba se utloa lentsoe lena le lebe, sa qala ho siama;+ ’me ha ho le ea mong ho sona ea ileng a roala mekhabiso ea hae. 5 Jehova a tsoela pele ho re ho Moshe: “E-re ho bara ba Iseraele, ‘Le sechaba se melala e sataletseng.+ Ka motsotsoana+ feela ke ne nka nyoloha har’a lōna ’me ka sebele ka le felisa. Kahoo joale rōlang mekhabiso ea lōna, kaha ke batla ho tseba seo ke tla le etsa sona.’”+ 6 Bara ba Iseraele ba qala ho rōla mekhabiso ea bona ho tloha Thabeng ea Horebe+ ho ea pele.
7 Ha e le Moshe, a tlosa tente ea hae a e hloma ka ntle ho liahelo, hōle le liahelo; eaba o e bitsa tente ea pokano. E mong le e mong ea botsang+ Jehova o ne a e-ea tenteng ea pokano, e ka ntle ho liahelo. 8 Hang ha Moshe a e-ea tenteng, sechaba sohle se ne se ema,+ ’me e mong le e mong o ne a ema monyako oa tente ea hae, ’me se talima Moshe ho fihlela a kena tenteng. 9 Hape hang ha Moshe a kene tenteng, topallo ea leru+ e ne e theohela fatše, ’me e ema monyako oa tente ebe o bua+ le Moshe. 10 Sechaba sohle sa bona topallo ea leru+ e eme monyako oa tente, ’me sechaba sohle sa ema eaba e mong le e mong o inama monyako oa tente ea hae.+ 11 Jehova a bua le Moshe lifahleho li talimane,+ feela joalokaha motho a ne a ka bua le oa habo. Ha a khutlela liahelong, mosebeletsi+ oa hae Joshua, mora oa Nune,+ joaloka mohlanka, o ne a sa tlohe har’a tente.
12 Joale Moshe a re ho Jehova: “Bona, u re ho ’na, ‘Etella sechaba sena pele,’ empa ha ua ntsebisa eo u tla mo roma hammoho le ’na. Ho feta moo, u itse, ‘Ke u tseba ka lebitso+ ’me, ntle ho moo, u fumane kamohelo mahlong a ka.’ 13 Joale ka kōpo, haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao,+ ka kōpo, ntsebise litsela tsa hao,+ hore ke u tsebe, e le hore ke fumane kamohelo mahlong a hao. U nahane hore sechaba sena ke sechaba sa hao.”+ 14 Kahoo a re: “Ke tla tsamaea+ ’me ka sebele ke tla u fa phomolo.”+ 15 Eaba o re ho eena: “Haeba u sa tsamaee, u se ke ua re etella pele ho tloha mona. 16 Joale, ho tla tsejoa ka’ng hore ke fumane kamohelo mahlong a hao, ’na le sechaba sa hao? Na hase ka hore u tsamaee le rōna,+ hore ebe ’na le sechaba sa hao re khethollehile ho lichaba tse ling tsohle tse holim ’a lefatše?”+
17 Jehova a tsoela pele ho re ho Moshe: “Le ntho ena, eo u buileng ka eona, ke tla e etsa,+ hobane u fumane kamohelo mahlong a ka ’me ke u tseba ka lebitso.” 18 Eaba o re: “Ka kōpo, etsa hore ke bone khanya ea hao.”+ 19 Empa a re: “Ke tla etsa hore molemo oohle oa ka o fete ka pel’a sefahleho sa hao,+ ’me ke tla bolela lebitso la Jehova ka pel’a hao;+ ke tla hauhela eo ke mo hauhelang, ’me ke tla bontša mohau ho eo ke mo bontšang mohau.”+ 20 Eaba oa eketsa: “U ke ke ua khona ho bona sefahleho sa ka, hobane ha ho motho ea ka mponang ’me leha ho le joalo a phela.”+
21 Jehova a eketsa ka ho re: “Sebaka ke sena ho ’na mona, ’me u eme holim ’a lefika. 22 Etlare ha khanya ea ka e feta ke u kenye mokoting oa lefika, ’me ke behe seatla sa ka e le tšireletso holim ’a hao ho fihlela ke fetile. 23 Ka mor’a moo ke tlose seatla sa ka, ’me u tla bona sekotlo sa ka. Empa sefahleho sa ka se ke ke sa bonoa.”+
34 Joale Jehova a re ho Moshe: “Ipetlele matlapa a mabeli a lejoe a tšoanang le a pele,+ ’me ke tla ngola holim ’a matlapa ao mantsoe a neng a le holim ’a matlapa a pele,+ ao u a pshatlileng.+ 2 U itokisetse hoseng, kaha u tla nyolohela Thabeng ea Sinai hoseng ’me u eme teng pel’a ka holim ’a thaba.+ 3 Empa ho se ke ha e-ba le ea nyolohang le uena ’me, hape, ho se ke ha bonoa le ea mong thabeng eohle.+ Ho feta moo, ho se ke ha e-ba le mohlape oa likhutšoane kapa mohlape oa liphoofolo tse khōlō o tlang ho fula ka pel’a thaba eo.”+
4 Tumellanong le hoo Moshe a betla matlapa a mabeli a lejoe a kang a pele ’me a tsoha hoseng haholo eaba o nyolohela Thabeng ea Sinai, feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse, ’me o ne a nkile matlapa a mabeli a lejoe letsohong. 5 Jehova a theoha+ ka leru ’me a ema le eena moo eaba o bolela lebitso la Jehova.+ 6 Jehova a qala ho feta ka pel’a sefahleho sa hae ’me a re: “Jehova, Jehova, Molimo ea mohau+ le ea mosa,+ ea liehang ho halefa+ le ea tletseng mosa o lerato+ le ’nete,+ 7 ea bolokelang ba likete mosa o lerato,+ ea tšoarelang phoso le tlōlo le sebe,+ empa ho hang a ke ke a lokolla kotlong,+ ea tlisang kotlo bakeng sa phoso ea bo-ntate ho bara le ho litloholo, ho moloko oa boraro le moloko oa bone.”+
8 Hang-hang Moshe a potlakela ho inamela fatše ’me a itihela fatše ka sefahleho.+ 9 A ntan’o re: “Joale, haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao, Jehova, ka kōpo, Jehova a ke a tsamaee har’a rōna,+ hobane ke sechaba se melala e sataletseng,+ ’me u tšoarele phoso ea rōna le sebe sa rōna,+ ’me u re nke re le leruo la hao.”+ 10 Eaba o re: “Bona! ke hlaba selekane: Ke tla etsa lintho tse hlollang ka pel’a sechaba sohle sa heno tseo ho seng mohla li kileng tsa bōptjoa lefatšeng lohle kapa har’a lichaba tsohle;+ ’me sechaba sohle seo u leng har’a sona ruri se tla bona mosebetsi oa Jehova, hobane ke ntho e tšabehang eo ke e etsang ka uena.+
11 “U boloke seo ke u laelang sona kajeno.+ Bona! ke leleka ka pel’a hao Baamore le Bakanana le Bahethe le Bapereze le Baheve le Bajebuse.+ 12 Itebele hore u se ke ua hlaba selekane le baahi ba naha eo u eang ho eona,+ esere ea e-ba leraba har’a lōna.+ 13 Empa le heletse lialetare tsa bona, ’me le pshatle litšiea tsa bona tse halalelang, ’me le reme lipalo tsa bona tse halalelang.+ 14 Le se ke la itihela fatše ka sefahleho ho molimo o mong,+ hobane Jehova, eo lebitso la hae e leng Poulelo, ke Molimo ea boulelang;+ 15 esere la hlaba selekane le baahi ba naha, kaha ka sebele ba tla ba le likamano tse litšila le melimo ea bona+ ’me ba etsetse melimo ea bona mahlabelo,+ ’me ka sebele e mong o tla le mema, ’me ka sebele le tla ja mahlabelo a hae.+ 16 Joale le tla lokela ho nkela bara ba lōna ba bang ba barali ba bona,+ ’me ka sebele barali ba bona ba tla ba le likamano tse litšila le melimo ea bona ’me ba etse hore bara ba lōna ba be le likamano tse litšila le melimo ea bona.+
17 “U se ke ua iketsetsa melimo ea litšoantšo tse qhibilihisitsoeng.+
18 “U boloke mokete oa mahobe a sa lomosoang.+ U tla ja mahobe a sa lomosoang, feela joalokaha ke u laetse, ka matsatsi a supileng ka nako e behiloeng ka khoeli ea Abibe,+ hobane u tsoile Egepeta ka khoeli ea Abibe.
19 “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bulang pōpelo ka lekhetlo la pele ke ea ka,+ ’me, liphoofolong tsa hao tse ruiloeng, letsibolo le letona la poho le la nku ke la ka.+ 20 U tla lopolla letsibolo la esele ka nku.+ Empa haeba u sa le lopolle, joale u le robe molala. U tla lopolla letsibolo le leng le le leng la bara ba hao.+ Ba se ke ba tla ho ’na ba sa nka letho.+
21 “U sebetse ka matsatsi a tšeletseng, empa ka letsatsi la bosupa u boloke sabatha.+ U boloke sabatha ka nako ea ho lema le ea kotulo.+
22 “U tla ntšetsa pele mokete oa hao oa libeke ka litholoana tsa pele tse butsoitseng tsa kotulo ea koro,+ le mokete oa ho bokella mathoasong a selemo.+
23 “Hararo ka selemo e mong le e mong oa hao e motona o tla hlaha+ ka pel’a Morena oa ’nete, Jehova, Molimo oa Iseraele. 24 Etsoe ke tla lelekela lichaba hōle le uena,+ ’me ke tla etsa hore sebaka sa hao se be seholo;+ ’me ha ho ea tla lakatsa naha ea hao ha u nyoloha ho ea bona sefahleho sa Jehova Molimo oa hao hararo ka selemo.+
25 “Mali a sehlabelo sa ka u se ke ua a etsa sehlabelo hammoho le se lomositsoeng.+ Sehlabelo sa mokete oa paseka ha sea lokela ho hlola bosiu ho fihlela hoseng.+
26 “U tla tlisa ka tlung ea Jehova Molimo oa hao+ litholoana tsa pele+ tse butsoitseng tse ntlehali tsa mobu oa hao.
“U se ke ua pheha potsanyane ka lebese la ’m ’a eona.”+
27 Jehova a tsoela pele ho re ho Moshe: “Ingolle mantsoe ana,+ hobane ke tumellanong le mantsoe ana ke hlabang selekane le uena le Iseraele.”+ 28 A hlola moo le Jehova ka matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane. O ne a sa je bohobe ’me a sa noe metsi.+ Eaba o ngola holim ’a matlapa mantsoe a selekane, Mantsoe a Leshome.+
29 Joale eitse ha Moshe a theoha Thabeng ea Sinai matlapa a mabeli a Bopaki a ne a le letsohong la Moshe ha a theoha thabeng,+ ’me Moshe o ne a sa tsebe hore letlalo la sefahleho sa hae le ntša mahlaseli ka lebaka la hore o ne a buile le eena.+ 30 Ha Arone le bara bohle ba Iseraele ba bona Moshe, bonang! letlalo la sefahleho sa hae le ne le ntša mahlaseli ’me ba ile ba tšaba ho atamela ho eena.+
31 Moshe a ba bitsa. Kahoo Arone le marenana ’ohle har’a phutheho ba khutlela ho eena, eaba Moshe o qala ho bua le bona. 32 Ka mor’a moo bara bohle ba Iseraele ba mo atamela, ’me a qala ho ba laela sohle seo Jehova a se buileng le eena Thabeng ea Sinai.+ 33 Ha Moshe a qeta ho bua le bona, o ne a ikhurumetsa sefahleho ka lesira.+ 34 Empa ha Moshe a kena ka pel’a Jehova ho ea bua le eena, o ne a tlosa lesira ho fihlela a tsoa.+ O ne a tsoa ’me a bua le bara ba Iseraele seo a se laetsoeng.+ 35 Bara ba Iseraele ba bona sefahleho sa Moshe, hore letlalo la sefahleho sa Moshe le ntša mahlaseli;+ Moshe a khutlisetsa lesira sefahlehong sa hae ho fihlela a kena ho ea bua le eena.+
35 Hamorao Moshe a bokella phutheho eohle ea bara ba Iseraele ’me a re ho bona: “Ana ke mantsoe ao Jehova a laetseng hore a etsoe:+ 2 Mosebetsi o ka etsoa ka matsatsi a tšeletseng,+ empa ka letsatsi la bosupa e tla ba ntho e halalelang ho lōna, sabatha ea phomolo e feletseng ho Jehova. Mang kapa mang ea etsang mosebetsi ka eona o tla bolaoa.+ 3 Le se ke la hotetsa mollo sebakeng leha e le sefe sa lōna sa bolulo ka letsatsi la sabatha.”
4 Moshe a tsoela pele ho re ho phutheho eohle ea bara ba Iseraele: “Lena ke lentsoe leo Jehova a le laetseng, a re, 5 ‘Har’a lōna nkang monehelo oa Jehova.+ E mong le e mong ea nang le pelo e ratang+ a ke a o tlise e le monehelo oa Jehova, e leng, khauta le silevera le koporo+ 6 le tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle le boea ba pōli+ 7 le matlalo a lipheleu a fetotsoeng ’mala hore a be mafubelu le matlalo a liqibi le lehong la leoka 8 le oli bakeng sa lebone le balsame bakeng sa oli e tlotsang le bakeng sa libano tse nkhang hamonate+ 9 le majoe a onyxe le majoe a hlongoang bakeng sa efoda+ le bakeng sa kotla ea sefuba.+
10 “‘Bohle ba lipelo li hlalefileng+ har’a lōna ba ke ba tle ’me ba etse sohle seo Jehova a se laetseng, 11 e leng, tabernakele le tente ea eona le sekoahelo sa eona, lihakisi tsa eona le liforeimi tsa eona, maballo a eona, litšiea tsa eona le litšehetso tsa tsona tse sekoti; 12 Areka+ le lipalo tsa eona,+ sekoahelo+ le lesira+ la tšireletso; 13 tafole+ le lipalo tsa eona le lisebelisoa tsohle tsa eona le bohobe ba pontšo;+ 14 le seluloana sa lebone+ le khantšang le lisebelisoa tsa sona le mabone a sona le oli+ ea lebone; 15 le aletare ea libano+ le lipalo tsa eona; le oli e tlotsang le libano tse nkhang hamonate;+ le lesira la monyako bakeng sa monyako oa tabernakele; 16 aletare+ ea nyehelo ea secheso le sefe ea eona ea koporo, lipalo tsa eona le lisebelisoa tsohle tsa eona; beisine+ le seluloana sa eona; 17 masela a lepeletseng a lebala,+ litšiea tsa ’ona le litšehetso tsa tsona tse sekoti; le lesira la heke ea lebala; 18 lithakhisa tsa tente ea tabernakele le lithakhisa tsa tente ea lebala le lithapo tsa tsona;+ 19 liaparo+ tse lohiloeng bakeng sa ho sebeletsa ka sehalalelong, liaparo tse halalelang+ bakeng sa moprista Arone le liaparo tsa bara ba hae bakeng sa ho sebeletsa e le baprista.’”
20 Tumellanong le hoo phutheho eohle ea bara ba Iseraele ea tloha ka pel’a Moshe. 21 Joale ba tla, e mong le e mong eo pelo ea hae e ileng ea mo susumetsa,+ e mong le e mong eo moea oa hae o ileng oa mo susumetsa, a tlisa monehelo oa Jehova bakeng sa mosebetsi oa tente ea pokano le bakeng sa tšebeletso eohle ea eona le bakeng sa liaparo tse halalelang. 22 Ba ’na ba tla, banna hammoho le basali, e mong le e mong ea nang le pelo e ratang. Ba tlisa lipele le masale le masale a monoana le mekhabiso ea basali, mefuta eohle ea lintho tsa khauta, ke hore, e mong le e mong ea hlahisitseng nyehelo e tsokoang ea khauta ho Jehova.+ 23 Bohle bao ho bona ho ileng ha fumanoa tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle le boea ba pōli le matlalo a lipheleu a kentsoeng ’mala o mofubelu le matlalo a liqibi, ba li tlisa.+ 24 Bohle ba nehelang monehelo oa silevera le koporo ba tlisa monehelo oa Jehova, ’me bohle bao ho bona ho ileng ha fumanoa lehong la leoka bakeng sa mosebetsi oa tšebeletso ba le tlisa.
25 Basali bohle ba nang le lipelo tse bohlale+ ba ohla ka matsoho, ’me ba ’na ba tlisa tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu e le khoele e ohliloeng, khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle. 26 Basali bohle ba ileng ba susumetsoa ke lipelo tsa bona ka bohlale ba ohla boea ba pōli.
27 Marenana a tlisa majoe a onyxe le majoe a hlongoang bakeng sa efoda le kotla ea sefuba,+ 28 le oli ea balsame le oli e khantšang le oli e tlotsang le libano tse nkhang hamonate.+ 29 Monna e mong le e mong le mosali bao lipelo tsa bona li ileng tsa ba susumetsa hore ba tlise ho hong bakeng sa mosebetsi oohle oo Jehova a laetseng hore o etsoe ka Moshe ba ile ba etsa joalo; bara ba Iseraele ba tlisetsa Jehova nyehelo ea boithatelo.+
30 Joale Moshe a re ho bara ba Iseraele: “Bonang, Jehova o bitsitse ka lebitso Bezaliele+ mora oa Uri mora oa Hure oa moloko oa Juda. 31 Eaba o mo tlatsa ka moea oa Molimo ka bohlale, ka kutloisiso le ka tsebo le ka tsebo ea mofuta o mong le o mong ea mesebetsi ea matsoho 32 le ho qapa lisebelisoa, ho sebetsa ka khauta le silevera le koporo,+ 33 le ho sebetsa ka majoe ho a hloma le ho sebetsa ka lehong ho etsa lihlahisoa tse bontšang bohlale tsa mofuta o mong le o mong.+ 34 O kentse pelong ea hae hore a rute, eena le Oholiabe+ mora oa Ahisamake oa moloko oa Dane. 35 O ba tlatsitse ka lipelo tse bohlale+ hore ba etse mosebetsi oohle oa setsebi sa mesebetsi ea matsoho le oa mokhabisi ea rokellang+ le oa selohi sa khoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu, khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle, le oa ea sebetsang ka foreimi e etsang masela, banna ba etsang mosebetsi le ho qapa lisebelisoa tsa mofuta o mong le o mong.
36 “Bezaliele a sebetse, le Oholiabe+ le monna e mong le e mong ea pelo e hlalefileng eo Jehova a mo fileng bohlale+ le kutloisiso+ linthong tsena e le hore a tsebe ho etsa mosebetsi oohle oa tšebeletso e halalelang ho ea ka sohle seo Jehova a se laetseng.”+
2 Moshe a bitsa Bezaliele le Oholiabe le monna e mong le e mong ea pelo e hlalefileng eo Jehova a kentseng bohlale pelong ea hae,+ e mong le e mong eo pelo ea hae e ileng ea mo susumelletsa ho atamela mosebetsi e le hore a o etse.+ 3 Joale ba nka ka pel’a Moshe monehelo+ oohle oo bara ba Iseraele ba neng ba o tlisitse bakeng sa mosebetsi oa tšebeletso e halalelang e le hore o etsoe, ’me, ha e le bara ba Iseraele, ba ’na ba mo tlisetsa nyehelo ea boithaopo hoseng ho hong le ho hong.
4 Bohle ba bohlale ba neng ba etsa mosebetsi oohle o halalelang ba qala ho tla, monna e mong ka mor’a e mong, ba tloha mosebetsing oo ba neng ba o etsa, 5 ’me ba re ho Moshe: “Sechaba se tlisa ho hongata haholo ho feta seo tšebeletso e se hlokang bakeng sa mosebetsi oo Jehova a laetseng hore o etsoe.” 6 Kahoo Moshe a laela hore ba fetise tsebiso liahelong, e reng: “Banna le basali, le se ke la hlahisa thepa leha e le efe e eketsehileng bakeng sa monehelo o halalelang.” Eaba sechaba se thibeloa ho e tlisa. 7 Thepa ea lekana bakeng sa mosebetsi oohle o etsoang, ea ba ea feta tekanyo.
8 Bohle ba lipelo li hlalefileng+ har’a ba etsang mosebetsi ba qala ho etsa tabernakele,+ masela a tente a leshome a line ea boleng bo botle e lohiloeng le tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase; a etsa likerubime ho ’ona, e le mosebetsi oa mokhabisi ea rokellang. 9 Bolelele ba lesela ka leng la tente e ne e le litsoe tse mashome a mabeli a metso e robeli, ’me bophara ba lesela ka leng la tente e ne e le litsoe tse ’nè. Ho ne ho e-na le tekanyo e le ’ngoe bakeng sa masela ’ohle a tente. 10 Joale a kopanya masela a mahlano a tente le leng ho le leng,+ ’me masela a mang a mahlano a tente a a kopanya le leng ho le leng. 11 Ka mor’a moo a etsa likhoketsane ka tšoele e putsoa mophethong oa lesela ka leng la tente ntlheng ea mophetho. A etsa se tšoanang mophethong oa lesela la tente le ka ntle-ntle mophethong o mong.+ 12 A etsa likhoketsane tse mashome a mahlano leseleng le leng la tente, ’me a etsa likhoketsane tse mashome a mahlano qetellong ea lesela la tente le neng le le mophethong o mong, sekhoketsane se le mabapa le se seng.+ 13 Qetellong a etsa lihakisi tse mashome a mahlano tsa khauta ’me a kopanya masela a tente le leng ho le leng ka lihakisi, hoo e ileng ea e-ba tabernakele e le ’ngoe.+
14 Eaba o tsoela pele ho etsa masela a tente ka boea ba pōli bakeng sa tente e holim ’a tabernakele. A etsa masela a tente a leshome le motso o mong.+ 15 Bolelele ba lesela ka leng la tente e ne e le litsoe tse mashome a mararo, ’me bophara ba lesela ka leng la tente e ne e le litsoe tse ’nè. Ho ne ho e-na le tekanyo e le ’ngoe bakeng sa masela a tente a leshome le motso o mong.+ 16 Joale a kopanya masela a mahlano a tente a le mang le masela a mang a tšeletseng a tente a le mang.+ 17 Ka mor’a moo a etsa likhoketsane tse mashome a mahlano mophethong oa lesela la tente le ka ntle-ntle mophethong, ’me a etsa likhoketsane tse mashome a mahlano mophethong oa lesela le leng la tente le kopanang le lona.+ 18 Ka mor’a moo a etsa lihakisi tse mashome a mahlano tsa koporo bakeng sa ho kopanya tente hammoho hore e be ntho e le ’ngoe.+
19 Eaba o etsetsa tente sekoahelo ka matlalo a lipheleu a fetotsoeng ’mala hore a be mafubelu le sekoahelo ka matlalo a liqibi+ ka holimo.+
20 Joale a etsa liforeimi bakeng sa tabernakele ka lehong la leoka,+ li eme. 21 Bolelele ba foreimi e ne e le litsoe tse leshome, ’me bophara ba foreimi ka ’ngoe e ne e le setsoe le halofo.+ 22 Foreimi ka ’ngoe e ne e e-na le likarolo tse peli tse khohlelang e ’ngoe ka har’a e ’ngoe. Ena ke tsela eo a ileng a etsa ka eona ka liforeimi tsohle tsa tabernakele.+ 23 Kahoo a etsa liforeimi bakeng sa tabernakele, liforeimi tse mashome a mabeli bakeng sa lehlakore le ka nģ’a Negebe, ka boroa.+ 24 A etsa litšehetso tse sekoti tsa silevera tse mashome a mane bakeng sa hore li be ka tlas’a liforeimi tse mashome a mabeli, litšehetso tse peli tse sekoti ka tlas’a foreimi e ’ngoe hammoho le likarolo tsa eona tse peli tse khohlelang le litšehetso tse peli tse sekoti ka tlas’a foreimi e ’ngoe hammoho le likarolo tsa eona tse peli tse khohlelang.+ 25 Bakeng sa lehlakore le leng la tabernakele, lehlakore le ka leboea, a etsa liforeimi tse mashome a mabeli+ 26 le litšehetso tsa tsona tse sekoti tsa silevera tse mashome a mane, litšehetso tse peli tse sekoti ka tlas’a foreimi e ’ngoe le litšehetso tse peli tse sekoti ka tlas’a foreimi e ’ngoe.+
27 Bakeng sa likarolo tse ka morao tsa tabernakele ka bophirimela a etsa liforeimi tse tšeletseng.+ 28 A etsa liforeimi tse peli e le lipalo tse hukung tsa tabernakele mahlakoreng a eona a mabeli a ka morao.+ 29 Li ne li tšoana hantle ka tlaase ’me ka bobeli li ne li tšoana hantle ka holim ’a e ’ngoe le e ’ngoe moheleng oa pele. Ke seo a ileng a se etsa ho tsona ka bobeli, ho lipalo tse peli tse hukung.+ 30 Kahoo ea e-ba liforeimi tse robeli ’me litšehetso tsa tsona tse sekoti tsa silevera tsa e-ba leshome le metso e tšeletseng, litšehetso tse peli tse sekoti li le haufi le litšehetso tse peli tse sekoti ka tlas’a foreimi ka ’ngoe.+
31 A tsoela pele ho etsa maballo a lehong la leoka, a mahlano bakeng sa liforeimi tsa lehlakore le leng la tabernakele+ 32 le maballo a mahlano bakeng sa liforeimi tsa lehlakore le leng la tabernakele le maballo a mahlano bakeng sa liforeimi tsa tabernakele bakeng sa likarolo tse peli tse ka morao ka bophirimela.+ 33 Joale a etsa hore leballo le hare le phunyeletse bohareng ba liforeimi ho tloha pheletsong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe.+ 34 A koahela liforeimi ka khauta, ’me a etsa mehele ea tsona ea khauta e le litšehetso bakeng sa maballo, eaba o tsoela pele ho koahela maballo ka khauta.+
35 A etsa lesira+ ka tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle e lohiloeng. A le etsa le e-na le likerubime tseo e leng mosebetsi oa mokhabisi ea rokellang.+ 36 Joale a le etsetsa litšiea tse ’nè tsa leoka eaba o li koahela ka khauta, lithakhisa tsa tsona e ne e le tsa khauta, ’me a li etsetsa litšehetso tse ’nè tse sekoti tsa silevera.+ 37 A tsoela pele ho etsa lesira bakeng sa monyako oa tente ka tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle e lohiloeng, tse entsoeng ke selohi,+ 38 le litšiea tsa tsona tse hlano le lithakhisa tsa tsona. A koahela bokaholimo ba tsona le mateano a tsona ka khauta, empa litšehetso tsa tsona tse hlano tse sekoti e ne e le tsa koporo.+
37 Joale Bezaliele+ a etsa Areka+ ka lehong la leoka. Bolelele ba eona e ne e le litsoe tse peli le halofo, bophara ba eona e le setsoe le halofo, ’me bophahamo ba eona e le setsoe le halofo.+ 2 Joale a e koahela ka khauta e hloekileng ka hare le ka ntle ’me a e etsetsa mophetho oa khauta ho e potoloha.+ 3 Ka mor’a moo a e etsetsa mehele e mene ea khauta, bakeng sa hore e be ka holim ’a maoto a eona a mane, ’me mehele e ’meli e ne e le ka lehlakoreng le leng la eona ’me mehele e ’meli e le ka lehlakoreng le leng la eona.+ 4 Ka mor’a moo a etsa lipalo tsa leoka ’me a li koahela ka khauta.+ 5 Joale a kenya lipalo ka har’a mehele mahlakoreng a Areka bakeng sa ho jara Areka.+
6 A tsoela pele ho etsa sekoahelo+ ka khauta e hloekileng. Bolelele ba sona e le litsoe tse peli le halofo, ’me bophara ba sona e le setsoe le halofo.+ 7 Ho ekelletsa moo a etsa likerubime tse peli tsa khauta. A li etsa ka thepa e teiloeng ka hamore lintlheng tse peli tsa sekoahelo.+ 8 Kerubime e ’ngoe e ne e le qetellong mane, ’me kerubime e ’ngoe e le qetellong mona. A etsa likerubime sekoahelong lintlheng tse peli tsa sona.+ 9 Ea e-ba likerubime tse peli tse phukalalitseng mapheo ho ea holimo, li sirelelitse sekoahelo ka mapheo a tsona,+ ’me lifahleho tsa tsona li ne li shebane. Lifahleho tsa likerubime li ne li talimile sekoahelong.+
10 Eaba o etsa tafole ka lehong la leoka.+ Bolelele ba eona e le litsoe tse peli le halofo, bophara ba eona e le setsoe, bophahamo ba eona e le setsoe le halofo.+ 11 Joale a e koahela ka khauta e hloekileng ’me a e etsetsa mophetho oa khauta ho e potoloha.+ 12 Ka mor’a moo a e etsetsa foreimi e bophara ba seatla ho potoloha ’me a etsa mophetho oa khauta bakeng sa foreimi ea eona ho potoloha.+ 13 Ho ekelletsa moo, a e etsetsa mehele e mene ea khauta ’me a beha mehele likhutlong tse ’nè tsa maoto a mane.+ 14 Mehele e ne e le haufi le rimi, e le litšehetso bakeng sa lipalo tsa ho jara tafole.+ 15 Joale a etsa lipalo ka lehong la leoka ’me a li koahela ka khauta bakeng sa ho jara tafole.+ 16 Ka mor’a moo a etsa ka khauta e hloekileng lisebelisoa tse holim ’a tafole, lijana tsa eona le likhakeletsi tsa eona le likotlolo tsa eona le lijeke tsa eona tseo linyehelo tse mokelikeli li neng li tla tšeloa ka tsona.+
17 Joale a etsa seluloana sa lebone+ ka khauta e hloekileng. A etsa seluloana sa lebone ka thepa e teiloeng ka hamore. Mahlakore a sona le makala a sona, likhakeletsi tsa sona, likotola tsa sona le lithunthung tsa sona tsa hlahella ho sona.+ 18 Makala a tšeletseng a ne a hlahella mahlakoreng a sona, makala a mararo a seluloana sa lebone a ne a hlahella lehlakoreng le leng la sona ’me makala a mararo a seluloana sa lebone a ne a hlahella lehlakoreng le leng la sona.+ 19 Likhakeletsi tse tharo tse bōpehileng joaloka almonde li ne li le sehlopheng se seng sa makala, ’me likotola le lithunthung li ne li fapanyetsana; likhakeletsi tse tharo tse bōpehileng joaloka lipalesa tsa almonde li ne li le sehlopheng se seng sa makala, ’me likotola le lithunthung li ne li fapanyetsana. Ke tsela eo ho neng ho le ka eona ka makala a tšeletseng a hlahellang seluloaneng sa lebone.+ 20 Seluloaneng sa lebone ho ne ho e-na le likhakeletsi tse ’nè tse bōpehileng joaloka lipalesa tsa almonde, ’me likotola tsa sona tse chitja le lithunthung tsa sona li ne li fapanyetsana.+ 21 Kotola e ka tlas’a makala a mabeli e ne e hlahella ho sona, le kotola e ka tlas’a makala a mang a mabeli e ne e hlahella ho sona, ’me kotola e ka tlas’a makala a mang hape a mabeli e ne e hlahella ho sona, bakeng sa makala a tšeletseng a hlahellang seluloaneng sa lebone.+ 22 Likotola tsa sona le makala a sona a ne a hlahella ho sona. Kaofela ha sona e ne e le ntho e le ’ngoe e entsoeng ka thepa e teiloeng ka hamore, e entsoeng ka khauta e hloekileng.+ 23 Joale a etsa mabone a sona a supileng le matlao a sona le lipane tsa sona tsa mollo ka khauta e hloekileng.+ 24 A se etsa ka talenta ea khauta e hloekileng hammoho le lisebelisoa tsohle tsa sona.
25 Joale a etsa aletare ea libano+ ka lehong la leoka.+ Bolelele ba eona e le setsoe ’me bophara ba eona e le setsoe, e e-na le mahlakore a mane a lekanang, bophahamo ba eona e le litsoe tse peli. Manaka a eona a hlahella ho eona.+ 26 Joale a e koahela ka khauta e hloekileng, karolong e ka holimo ea eona le ka hohle mahlakoreng a eona le manakeng a eona, ’me a e etsetsa mophetho oa khauta ho e potoloha.+ 27 A e etsetsa mehele e ’meli ea khauta ka tlas’a mophetho oa eona mahlakoreng a eona a mabeli, mahlakoreng a eona a mabeli a bapelaneng, e le litšehetso bakeng sa lipalo tseo e jaroang ka tsona.+ 28 Ka mor’a moo a etsa lipalo ka lehong la leoka ’me a li koahela ka khauta.+ 29 A ekelletsa ka ho etsa oli e halalelang e tlotsang+ le libano tse hloekileng, tse nkhang hamonate,+ tse entsoeng ke moetsi oa mafura.
38 A tsoela pele ho etsa aletare ea nyehelo ea secheso ka lehong la leoka. Bolelele ba eona e le litsoe tse hlano, bophara ba eona e le litsoe tse hlano, e e-na le mahlakore a mane a lekanang, ’me bophahamo ba eona e le litsoe tse tharo.+ 2 Joale a etsa manaka+ a eona likhutlong tsa eona tse ’nè. Manaka a eona a ne a hlahella ho eona. Ka mor’a moo a e koahela ka koporo.+ 3 Ka mor’a moo a etsa lisebelisoa tsohle tsa aletare, maleke le likharafu le likotlolo, lifereko le lipane tsa mollo. A etsa lisebelisoa tsohle tsa eona ka koporo.+ 4 Ho ekelletsa moo a etsetsa aletare sefe, letlooa le lohiloeng la koporo, tlas’a foreimi ea eona, tlaase ho elella bohareng ba eona.+ 5 Joale a etsa mehele e mene lintlheng tse ’nè haufi le sefe ea koporo, e le litšehetso bakeng sa lipalo. 6 Ka mor’a moo a etsa lipalo ka lehong la leoka ’me a li koahela ka koporo.+ 7 Joale a kenya lipalo meheleng e mahlakoreng a aletare bakeng sa ho e jara ka tsona.+ A e etsa lebokose le bulehileng la mapolanka.+
8 Joale a etsa beisine ea koporo+ le seluloana sa eona sa koporo, a sebelisa liipone tsa makhabunyane a neng a etsa tšebeletso e hlophisitsoeng monyako oa tente ea pokano.+
9 A etsa lebala.+ Ka lehlakoreng le ka nģ’a Negebe, ka boroa, masela a lepeletseng a lebala a ne a entsoe ka line ea boleng bo botle e lohiloeng, e le litsoe tse lekholo.+ 10 Litšiea tsa ’ona tse mashome a mabeli le litšehetso tsa tsona tse sekoti tse mashome a mabeli e ne e le tsa koporo. Lithakhisa tsa litšiea le mateano a tsona e ne e le tsa silevera.+ 11 Hape, bakeng sa lehlakore le ka leboea e ne e le litsoe tse lekholo. Litšiea tsa ’ona tse mashome a mabeli le litšehetso tsa tsona tse sekoti tse mashome a mabeli e ne e le tsa koporo. Lithakhisa tsa litšiea le mateano a tsona e ne e le tsa silevera.+ 12 Empa bakeng sa lehlakore le ka bophirimela masela a lepeletseng e ne e le litsoe tse mashome a mahlano. Litšiea tsa ’ona li ne li le leshome ’me litšehetso tsa tsona tse sekoti li le leshome.+ Lithakhisa tsa litšiea le mateano a tsona e ne e le tsa silevera. 13 Bakeng sa lehlakore le ka bochabela ka nģ’a bochaba-tsatsi e ne e le litsoe tse mashome a mahlano.+ 14 Masela a lepeletseng e ne e le litsoe tse leshome le metso e mehlano ka lehlakoreng le le leng. Litšiea tsa ’ona li ne li le tharo ’me litšehetso tsa tsona tse sekoti li le tharo.+ 15 Bakeng sa lehlakore le leng, ka lehlakoreng lena hammoho le ka ho lane, la heke ea lebala, masela a lepeletseng e ne e le litsoe tse leshome le metso e mehlano. Litšiea tsa ’ona li ne li le tharo ’me litšehetso tsa tsona tse sekoti li le tharo.+ 16 Masela ’ohle a lepeletseng a lebala ho potoloha e ne e le a line ea boleng bo botle e lohiloeng. 17 Litšehetso tse sekoti bakeng sa litšiea e ne e le tsa koporo. Lithakhisa tsa litšiea le mateano a tsona e ne e le tsa silevera ’me bokaholimo ba tsona bo ne bo koahetsoe ka silevera, ’me ho ne ho e-na le mateano a silevera bakeng sa litšiea tsohle tsa lebala.+
18 Lesira la heke ea lebala le ne le entsoe ke selohi, e le la tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle e lohiloeng,+ ’me bolelele ba eona e ne e le litsoe tse mashome a mabeli, bophahamo ba eona kaofela e le litsoe tse hlano ho lekana le masela a lepeletseng a lebala.+ 19 Litšiea tsa ’ona tse ’nè le litšehetso tsa tsona tse sekoti tse ’nè e ne e le tsa koporo. Lithakhisa tsa ’ona e ne e le tsa silevera ’me lihlooho tsa tsona le mateano a tsona li ne li koahetsoe ka silevera. 20 Lithakhisa tsohle tsa tente bakeng sa tabernakele le bakeng sa lebala ho potoloha e ne e le tsa koporo.+
21 Tse latelang ke lintho tse thathamisitsoeng tsa tabernakele, tabernakele ea Bopaki,+ tse ileng tsa thathamisoa ka taelo ea Moshe, e le tšebeletso ea Balevi+ tlas’a tataiso ea Ithamare+ mora oa moprista Arone. 22 Bezaliele+ mora oa Uri mora oa Hure oa moloko oa Juda a etsa sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe. 23 O ne a e-na le Oholiabe+ mora oa Ahisamake oa moloko oa Dane, setsebi sa mesebetsi ea matsoho le mokhabisi ea rokellang le selohi sa tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle.
24 Khauta eohle e ileng ea sebelisoa mosebetsing oohle oa sebaka se halalelang e ile ea lekana le khauta ea nyehelo e tsokoang,+ litalenta tse mashome a mabeli a metso e robong le lishekele tse makholo a supileng le mashome a mararo ho ea ka shekele+ ea sebaka se halalelang.+ 25 Silevera ea ba ngolisitsoeng ba phutheho e ne e le litalenta tse lekholo le lishekele tse sekete le makholo a supileng le mashome a supileng a metso e mehlano ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang. 26 Halofo ea shekele bakeng sa motho ka mong e ne e le halofo ea shekele ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, bakeng sa monna e mong le e mong ea neng a fetela ho ba ngolisitsoeng ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo,+ ea e-ba likete tse makholo a tšeletseng a metso e meraro le makholo a mahlano le mashome a mahlano.+
27 Litalenta tse lekholo tsa silevera tsa sebelisoa bakeng sa ho etsa litšehetso tse sekoti tsa sebaka se halalelang le litšehetso tse sekoti tsa lesira. Litšehetso tse sekoti tse lekholo tsa lekana litalenta tse lekholo, talenta bakeng sa setšehetso se sekoti.+ 28 Ka lishekele tse sekete le makholo a supileng le mashome a supileng a metso e mehlano a etsa lithakhisa bakeng sa litšiea ’me a koahela bokaholimo ba tsona eaba o li kopanya hammoho.
29 Koporo ea nyehelo e tsokoang e ne e le litalenta tse mashome a supileng le lishekele tse likete tse peli le makholo a mane. 30 Ka eona a etsa litšehetso tse sekoti tsa monyako oa tente ea pokano le aletare ea koporo le sefe ea eona ea koporo, le lisebelisoa tsohle tsa aletare, 31 le litšehetso tse sekoti tsa lebala ho potoloha, le litšehetso tse sekoti tsa heke ea lebala, le lithakhisa tsohle tsa tente tsa tabernakele le lithakhisa tsohle tsa tente+ tsa lebala ho potoloha.
39 Ka tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase+ ba etsa liaparo+ tse lohiloeng bakeng sa ho sebeletsa sebakeng se halalelang.+ Kahoo ba etsa liaparo tse halalelang+ bakeng sa Arone, feela joalokaha Jehova a laetse Moshe.
2 Ka lebaka leo a etsa efoda+ ea khauta, tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle e lohiloeng. 3 Joale ba tea makapa a khauta hore e be makapa a masesaane, eaba o seha likhoele ho sebetsa ka tsona har’a tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle, e le mosebetsi oa mokhabisi ea rokellang.+ 4 Ba e etsetsa masela a mahetleng a kopantsoeng. Ea kopanngoa lintlheng tsa eona tse peli. 5 Senyepa, se neng se le ho eona bakeng sa ho e tlama ka thata, se ne se entsoe ka ntho e tšoanang ho ea ka moetso oa sona, ka khauta, tšoele e putsoa, le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle e lohiloeng,+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
6 Joale ba etsa majoe a onyxe+ a hlomiloeng liluloaneng tsa khauta, a fatiloeng ka mongolo o fatiloeng o kang oa tiiso ho ea ka mabitso a bara ba Iseraele.+ 7 Kahoo a a beha holim ’a masela a efoda a mahetleng e le majoe a sehopotso+ bakeng sa bara ba Iseraele, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe. 8 Joale a etsa kotla ea sefuba+ e le mosebetsi oa mokhabisi ea rokellang, joalokaha ho entsoe efoda, ka khauta, tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle e lohiloeng.+ 9 E ne e e-na le mahlakore a mane a lekanang ha e mennoe. Ba etsa kotla ea sefuba, ha e mennoe, e le bolelele ba seatla ’me bophara ba eona e le bolelele ba seatla.+ 10 Ba e tlatsa ka majoe a entseng mela. Moleng oa pele ho ne ho e-na le rubi, topaze le emeralde.+ 11 Moleng oa bobeli+ ho ne ho e-na le thekoise, safire+ le jaspere.+ 12 Moleng oa boraro+ ho ne ho e-na le lejoe la leshem, agate le amethyste. 13 Moleng oa bone+ ho ne ho e-na le krysolite le onyxe+ le jade. A ne a hlomiloe liluloaneng tsa khauta moo a tšetsoeng teng. 14 Majoe a ne a le ho ea ka mabitso a bara ba Iseraele. A ne a le leshome le metso e ’meli ho ea ka mabitso a bona, ka mongolo o fatiloeng o kang oa tiiso, lejoe ka leng ho ea ka lebitso la lona melokong e leshome le metso e ’meli.+
15 Holim ’a kotla ea sefuba ba etsa liketane tse lohiloeng, ka moloho oa liropo, ka khauta e hloekileng.+ 16 Joale ba etsa liluloana tse peli tsa khauta le mehele e ’meli ea khauta eaba ba beha mehele e ’meli holim ’a lintlha tse peli tsa kotla ea sefuba.+ 17 Ka mor’a moo ba kenya liropo tse peli tsa khauta ka har’a mehele e ’meli e lintlheng tsa kotla ea sefuba.+ 18 Ba kenya lintlha tse peli tsa liropo tse peli ka har’a liluloana tse peli. Joale ba li beha holim ’a masela a mahetleng a efoda, karolong ea eona e ka pele.+ 19 Ka mor’a moo ba etsa mehele e ’meli ea khauta ’me ba e hloma lintlheng tse peli tsa kotla ea sefuba mophethong oa eona lehlakoreng ho elella karolong e ka hare ea efoda.+ 20 Joale ba etsa mehele e ’meli ea khauta ’me ba e beha holim ’a masela a mabeli a mahetleng a efoda ka tlaase, karolong ea eona e ka pele, haufi le moo e kopanngoang teng, holim ’a senyepa sa efoda.+ 21 Qetellong ba tlamella kotla ea sefuba ka mehele ea eona meheleng ea efoda ka tšoele e putsoa, e le hore e be ka holim ’a senyepa sa efoda ’me kotla ea sefuba e se ke ea tloha ka holim ’a efoda, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.+
22 Joale a etsa seaparo se se nang matsoho+ sa efoda, e le mosebetsi oa ea sebetsang ka foreimi e etsang masela, a se etsa kaofela ka tšoele e putsoa. 23 Lesoba la seaparo se se nang matsoho le ne le le bohareng ba sona, joaloka lesoba la seaparo se makhakhapha a tšepe. Lesoba la sona le ne le e-na le lemeno ho potoloha hore se se ke sa taboha.+ 24 Joale ba etsa holim ’a lemeno la seaparo se se nang matsoho likharenate ka tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase, li lohelletsoe hammoho.+ 25 Ho feta moo, ba etsa mangenengene a khauta e hloekileng ’me ba kenya mangenengene pakeng tsa likharenate+ holim ’a lemeno la seaparo se se nang matsoho ho potoloha, pakeng tsa likharenate; 26 lengenengene le kharenate, lengenengene le kharenate holim ’a lemeno la seaparo se se nang matsoho ho potoloha,+ bakeng sa ho sebeletsa, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
27 Ka mor’a moo ba etsa liaparo tse telele tsa ka holimo ka line ea boleng bo botle,+ tse entsoeng ke ea sebetsang ka foreimi e etsang masela, bakeng sa Arone le bara ba hae, 28 le tuku+ ea line ea boleng bo botle le lintho tse roaloang hloohong+ tse khabisitsoeng tsa line ea boleng bo botle le maqapa a line,+ a line ea boleng bo botle e lohiloeng, 29 le leqhama+ la line ea boleng bo botle e lohiloeng le tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase, tse entsoeng ke selohi, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
30 Qetellong ba etsa lekapa le benyang, pontšo e halalelang ea boinehelo, ka khauta e hloekileng ’me ba ngola holim ’a lona mantsoe a ngotsoeng ka mongolo o fatiloeng o kang oa tiiso: “Khalalelo ke ea Jehova.”+ 31 Joale ba le kenya khoele ea tšoele e putsoa e le hore ba le behe holim ’a tuku ka holimo,+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
32 Kahoo mosebetsi oohle oa tabernakele ea tente ea pokano oa phethoa, ka hore bara ba Iseraele ba ile ba ’na ba etsa ho ea ka sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe.+ Ba fela ba etsa joalo.
33 Ba tlisa tabernakele+ ho Moshe, tente+ le lisebelisoa tsohle tsa eona,+ lihakisi tsa eona,+ liforeimi tsa eona,+ maballo a eona+ le litšiea tsa eona le litšehetso tsa tsona tse sekoti,+ 34 le sekoahelo sa eona sa matlalo a lipheleu a fetotsoeng ’mala+ hore a be mafubelu le sekoahelo sa eona sa matlalo a liqibi+ le lesira la tšireletso,+ 35 le areka+ ea bopaki le lipalo+ tsa eona le sekoahelo,+ 36 tafole,+ le lisebelisoa tsohle tsa eona+ le bohobe ba pontšo, 37 seluloana sa lebone+ sa khauta e hloekileng, mabone a sona, mola oa mabone,+ le lisebelisoa+ tsohle tsa ’ona le oli ea ho khantša,+ 38 le aletare+ ea khauta le oli e tlotsang+ le libano tse nkhang hamonate+ le lesira + bakeng sa monyako oa tente, 39 aletare+ ea koporo le sefe+ ea eona ea koporo, lipalo+ tsa eona le lisebelisoa+ tsohle tsa eona, beisine+ le seluloana sa eona,+ 40 masela a lepeletseng+ a lebala, litšiea+ tsa ’ona le litšehetso tsa tsona tse sekoti+ le lesira+ bakeng sa heke ea lebala, lithapo tsa eona tsa tente+ le lithakhisa tsa eona tsa tente+ le lisebelisoa+ tsohle tsa tšebeletso ea tabernakele, bakeng sa tente ea pokano, 41 liaparo+ tse lohiloeng bakeng sa ho sebeletsa ka sehalalelong, liaparo tse halalelang+ bakeng sa moprista Arone le liaparo tsa bara ba hae bakeng sa ho sebetsa e le baprista.+
42 Ho ea ka sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe, ke tsela eo ka eona bara ba Iseraele ba ileng ba etsa tšebeletso eohle.+ 43 Moshe a talima mosebetsi oohle, ’me, bonang! ba ne ba o entse feela joalokaha Jehova a ne a laetse. Ke tsela eo ba neng ba entse ka eona. Ka lebaka leo Moshe a ba hlohonolofatsa.+
40 Joale Jehova a bua le Moshe, a re: 2 “Ka letsatsi la khoeli ea pele,+ ka la pele khoeling, u hlome tabernakele ea tente ea pokano.+ 3 U behe areka ea bopaki+ ka har’a eona ’me ka lesira u thibele hore ho se ke ha fihloa Arekeng.+ 4 U kenye tafole+ ka hare ’me u hlophise lintho tsa eona, u kenye seluloana sa lebone+ ka hare ’me u hotetse mabone a sona.+ 5 U behe aletare ea libano+ ka pel’a areka ea bopaki ’me u behe lesira la monyako oa tabernakele moo e loketseng.+
6 “U behe aletare+ ea nyehelo ea secheso ka pel’a monyako oa tabernakele ea tente ea pokano, 7 u behe beisine pakeng tsa tente ea pokano le aletare ’me u tšele metsi ka har’a eona.+ 8 U etse lebala+ ho potoloha ’me u emise lesira+ la heke ea lebala. 9 U nke oli e tlotsang+ ’me u tlotse tabernakele le sohle se ho eona,+ ’me u e halaletse hammoho le lisebelisoa tsohle tsa eona, ’me kahoo e tla fetoha ntho e halalelang. 10 U tlotse aletare ea nyehelo ea secheso le lisebelisoa tsohle tsa eona ’me u halaletse aletare,+ kahoo e be aletare e halalelang.+ 11 U tlotse beisine le seluloana sa eona ’me u e halaletse.
12 “Joale u atametse Arone le bara ba hae monyako oa tente ea pokano ’me u ba hlatsoe ka metsi.+ 13 U apese Arone liaparo tse halalelang+ u mo tlotse+ ’me u mo halaletse, kahoo o tla sebetsa e le moprista oa ka. 14 Ka mor’a moo u tla atametsa bara ba hae ’me u ba apese liaparo tse telele tsa ka holimo.+ 15 U ba tlotse feela joalokaha u tlotsitse ntat’a bona,+ ’me kahoo ba tla sebetsa e le baprista ba ka, ’me ho tlotsoa ha bona e tla ba boprista ho bona ka ho tsoelang pele ho isa nakong e sa lekanyetsoang melokong ea bona.”+
16 Moshe a etsa ho ea ka sohle seo Jehova a neng a mo laetse sona.+ A fela a etsa joalo.
17 Tumellanong le hoo eitse ka khoeli ea pele, selemong sa bobeli, ka letsatsi la pele khoeling, tabernakele ea hlongoa.+ 18 Ha Moshe a hloma tabernakele, a qala ho beha litšehetso tsa eona tse sekoti+ fatše le ho kenya liforeimi+ tsa eona le ho kenya maballo+ a eona le ho emisa litšiea+ tsa eona. 19 Joale a ala tente+ holim ’a tabernakele ’me a beha sekoahelo+ sa tente holim ’a eona, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
20 Ka mor’a moo a nka Bopaki+ a bo kenya ka Arekeng+ eaba o beha lipalo+ holim ’a Areka ’me o beha sekoahelo+ holim ’a Areka.+ 21 A kenya Areka ka har’a tabernakele ’me a beha lesira+ la tšireletso sebakeng sa lona ’me a thibela hore ho se ke ha fihloa arekeng ea bopaki,+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
22 Ka mor’a moo a beha tafole+ ka tenteng ea pokano lehlakoreng la tabernakele ka leboea ka ntle ho lesira, 23 ’me a hlophisa bohobe+ bo kolohaneng holim ’a eona ka pel’a Jehova, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
24 Joale a beha seluloana sa lebone+ ka tenteng ea pokano ka pel’a tafole, lehlakoreng la tabernakele ka boroa. 25 Joale a hotetsa mabone+ ka pel’a Jehova, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
26 Ka mor’a moo a beha aletare ea khauta+ ka tenteng ea pokano ka pel’a lesira, 27 hore a tle a etse hore libano tse nkhang hamonate li kubelle holim ’a eona,+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
28 Qetellong a beha lesira+ la monyako oa tabernakele sebakeng sa lona.
29 A beha aletare+ ea nyehelo ea secheso monyako oa tabernakele ea tente ea pokano, hore a nyehele nyehelo ea secheso+ le nyehelo ea lijo-thollo ho eona, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
30 Joale a beha beisine pakeng tsa tente ea pokano le aletare ’me a tšela metsi ka har’a eona bakeng sa ho itlhatsoa.+ 31 Moshe le Arone le bara ba hae ba itlhatsoetsa matsoho le maoto ka har’a eona. 32 Ha ba kena ka tenteng ea pokano le ha ba atamela aletare ba ne ba itlhatsoa,+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
33 Qetellong a etsa lebala+ ho potoloha tabernakele le aletare ’me a beha lesira la heke ea lebala.+
Kahoo Moshe a phetha mosebetsi. 34 Eaba leru+ le qala ho koahela tente ea pokano, ’me khanya ea Jehova ea tlala tabernakele. 35 Moshe o ne a sa khone ho kena ka tenteng ea pokano, hobane leru+ le ne le lutse holim ’a eona ’me khanya ea Jehova e ne e tletse tabernakele.+
36 Ha leru le phahama holim ’a tabernakele bara ba Iseraele ba ne ba hlomolla liahelo mekhahlelong eohle ea leeto la bona.+ 37 Leha ho le joalo, haeba leru le sa phahame, joale ba ne ba sa hlomolle liahelo ho fihlela letsatsing leo le phahamang ka lona.+ 38 Etsoe leru la Jehova le ne le le holim ’a tabernakele motšehare, ’me mollo o ne o e-ba holim ’a eona bosiu ponong ea ntlo eohle ea Iseraele mekhahlelong eohle ea leeto la bona.+