Tšenolo
2 “Ngolla lengeloi+ la phutheho e Efese+ u re: Tsena ke lintho tse boleloang ke ea tšoereng linaleli+ tse supileng ka letsohong la hae le letona, ea tsamaeang har’a liluloana tsa mabone tsa khauta tse supileng,+ 2 ‘Ke tseba liketso tsa hao,+ le mosebetsi le mamello ea hao, le hore ha u mamelle batho ba babe, le hore u leka+ ba reng ke baapostola,+ empa e se bona, ’me u ile ua ba fumana e le ba leshano. 3 Hape u bontša mamello,+ ’me u jere boima ka lebaka la lebitso+ la ka ’me ha ua khathala.+ 4 Leha ho le joalo, ke na le hona khahlanong le uena, hore u tlohetse lerato leo u neng u e-na le lona pele.+
5 “‘Ka hona hopola hore na u oele ho eng, u bake+ ’me u etse liketso tsa pele. Haeba u sa etse joalo, ke tla ho uena,+ ’me ke tla tlosa seluloana+ sa hao sa lebone sebakeng sa sona, ntle leha u baka. 6 Ho ntse ho le joalo, u hlile u na le sena, hore u hloile+ liketso tsa sehlopha sa bokhelohi sa Nikolase,+ tseo le ’na ke li hloileng. 7 Ea nang le tsebe a ke a utloe seo moea+ o se bolellang liphutheho: Ea hlōlang+ ke tla mo neha ho ja sefate sa bophelo,+ se paradeiseng ea Molimo.’
8 “Ngolla lengeloi+ la phutheho e Smyrna u re: Tsena ke lintho tse boleloang ke ‘oa Pele le oa ho Qetela,’+ ea ileng a shoa ’me a boela a phela,+ 9 ‘Ke tseba matšoenyeho le bofutsana ba hao—empa u ruile+—le nyefolo ea ba reng ke Bajuda,+ leha ho le joalo e se bona empa e le synagoge ea Satane.+ 10 U se ke ua tšaba lintho tseo u leng haufi le ho utloisoa bohloko ke tsona.+ Bona! Diabolose+ o tla ’ne a lahlele ba bang ba lōna chankaneng e le hore le ka lekoa ka ho feletseng,+ le hore le ka ba le matšoenyeho+ ka matsatsi a leshome. U tšepahale esita le ho isa lefung,+ ’me ke tla u fa moqhaka oa bophelo.+ 11 Ea nang le tsebe a ke a utloe+ seo moea+ o se bolellang liphutheho: Ea hlōlang+ ho hang a ke ke a ntšoa kotsi ke lefu la bobeli.’+
12 “Ngolla lengeloi la phutheho e Pergame u re: Tsena ke lintho tse boleloang ke ea nang le sabole e bohale, e telele e sehang ka nģa tse peli,+ 13 ‘Ke tseba moo u lulang teng, ke hore, moo terone ea Satane e leng teng; leha ho le joalo u ntse u tšoere lebitso la ka ka tieo,+ ’me ha ua ka ua latola tumelo ea hao ho ’na+ esita le matsatsing a Antipase, paki ea ka,+ ea tšepahalang, ea ileng a bolaoa+ haufi le lōna, moo Satane a lulang teng.
14 “‘Leha ho le joalo, ke na le lintho tse seng kae khahlanong le uena, hore moo u na le ba tšoereng ka tieo thuto ea Balame,+ ea ileng a qala ho ruta Balake+ ho beha khopiso ka pel’a bara ba Iseraele, hore ba je lintho tse hlabetsoeng litšoantšo tse rapeloang le ho etsa bohlola.+ 15 Kahoo le uena, u na le ba tšoereng ka tieo thuto ea sehlopha sa bokhelohi sa Nikolase+ ka ho tšoanang. 16 Ka hona baka.+ Haeba u sa bake, ke tla ho uena kapele, ’me ke tla loana+ le bona ka sabole e telele ea molomo oa ka.+
17 “‘Ea nang le tsebe a ke a utloe seo moea o se bolellang liphutheho:+ Ea hlōlang+ ke tla mo fa a mang a manna+ a patiloeng, ’me ke tla mo fa lejoana le chitja le lesoeu, ’me holim ’a lejoana leo le chitja lebitso+ le lecha le ngotsoeng leo ho seng ea le tsebang haese ea le amohelang.’+
18 “Ngolla lengeloi la phutheho e Thyatire+ u re: Tsena ke lintho tse boleloang ke Mora+ oa Molimo, eo mahlo a hae a leng joaloka lelakabe la mollo,+ le eo maoto a hae a leng joaloka koporo e hloekileng,+ 19 ‘Ke tseba liketso tsa hao, le lerato+ le tumelo le bosebeletsi le mamello ea hao, le hore liketso+ tsa hao tsa morao li feta tsa pele.+
20 “‘Leha ho le joalo, ke na le hona khahlanong le uena, hore u mamella mosali eane Jezebele,+ ea ipitsang moprofeta oa mosali, ’me o ruta+ le ho khelosa makhoba+ a ka hore a etse bohlola+ le hore a je lintho tse hlabetsoeng litšoantšo tse rapeloang.+ 21 Ke ile ka mo fa nako ea ho baka,+ empa ha a rate ho baka bohloleng ba hae.+ 22 Bona! Ke tla tloha ke mo lahlela betheng ea bokuli, ’me ba etsang bofebe le eena ke ba lahlele matšoenyehong a maholo, ntle leha ba baka liketsong tsa hae. 23 Ke tla bolaea bana ba hae ka lefu la seoa le bolaeang, e le hore liphutheho tsohle li tle li tsebe hore ke ’na ea phenyang liphio le lipelo, ’me ke tla le fa ka bomong ho ea ka liketso tsa lōna.+
24 “‘Leha ho le joalo, ke re ho ba bang kaofela ba lōna ba leng Thyatire, bohle ba se nang thuto ena, ba sa kang ba tseba “lintho tse tebileng tsa Satane,”+ kamoo ba bolelang kateng: Ha ke behe holim ’a lōna moroalo leha e le ofe o mong.+ 25 Leha ho le joalo, le tšoare ka tieo seo le nang le sona+ ho fihlela ke tla. 26 Ea hlōlang le ea bolokang liketso tsa ka ho fihlela bofelong+ ke tla mo fa matla holim ’a lichaba,+ 27 ’me o tla lisa batho ka molamu+ oa tšepe e le hore ba tle ba pshatloe likoto joaloka lijana+ tsa letsopa, joalokaha ke amohetse ho Ntate, 28 ’me ke tla mo fa naleli+ ea hoseng. 29 Ea nang le tsebe a ke a utloe seo moea+ o se bolellang liphutheho.’+