JOSHUA
1 Ka mor’a lefu la Moshe mohlanka oa Jehova, Jehova a re ho Joshua*+ mora oa Nune, mosebeletsi+ oa Moshe: 2 “Mohlanka oa ka Moshe o shoele.+ Joale ema, u tšele Jordane uena le sechaba sena sohle ’me le kene naheng eo ke tla e fa sechaba sa Iseraele.+ 3 Ke tla le fa sebaka se seng le se seng seo le kenang ho sona* feela joalokaha ke ile ka tšepisa Moshe.+ 4 Sebaka sa lona se tla ba ho tloha lefeelleng ho ea fihla Lebanone le ho ea fihla nokeng e kholo ea Eufrate e leng naha eohle ea Bahethe+ le ho ea Leoatleng le Leholo* ka bophirimela.+ 5 Ha ho na motho ea tla u hlola hafeela u ntse u phela.+ Ke tla ba le uena feela joalokaha ke bile le Moshe.+ Nke ke ka u lahla kapa ka u tlohela.+ 6 E-ba sebete ’me u be matla+ hobane ke uena ea tla kenya sechaba sena naheng eo ke ileng ka hlapanyetsa baholo-holo ba sona hore ke tla ba fa eona.+
7 U be sebete ’me u be matla haholo ’me u latele Molao oohle oo mohlanka oa ka Moshe a u laetseng oona. U se ke oa u kheloha, oa ea ka ho le letona kapa ka ho le letšehali+ e le hore u ka etsa lintho ka bohlale hohle moo u eang teng.+ 8 Buka ena ea Molao e se ke ea tloha molomong oa hao.+ U e bale ka lentsoe le tlase* bosiu le motšehare e le hore u ka etsa lintho tsohle tse ngotsoeng ho eona.+ Ha u etsa joalo, seo u se etsang se tla atleha ’me u tla etsa lintho ka bohlale.+ 9 Ke u file taelo ea hore u be sebete ’me u be matla. U se ke oa haroha letsoalo kapa oa tšoha hobane Jehova Molimo oa hao u na le uena kae kapa kae moo u eang teng.”+
10 Eaba Joshua o laela balaoli ba sechaba o re: 11 “Tsamaeang ka har’a liahelo ’me le laele sechaba le re, ‘Lokisang mefaho hobane ka mor’a matsatsi a mararo le tla tšela Jordane ’me le nke naha eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona.’”+
12 Joshua a re ho Barubene, Bagade le halofo ea leloko la Manase: 13 “Hopolang seo Moshe mohlanka oa Jehova a le laetseng sona ha a re:+ ‘Jehova Molimo oa lona o le fa phomolo ’me o le file naha ena. 14 Basali, bana le liphoofolo tsa lona li tla lula naheng eo Moshe a le fileng eona ka lehlakoreng lena* la Jordane.+ Empa lona banna bohle ba matla+ le lokela ho tšela le hlophisehile joaloka lebotho la ntoa ka pel’a bana ba bo lona.+ Le thuse bana ba bo lona 15 ho fihlela Jehova a etsa hore ba lule ba sireletsehile joaloka lona, ho fihlela le bona ba fumane naha eo Jehova Molimo oa lona a ba fang eona. Ka mor’a moo, le tla khutlela naheng eo le e fuoeng e leng naha eo Moshe mohlanka oa Jehova a le fileng eona ka lehlakoreng le ka bochabela la Jordane.’”+
16 Ba araba Joshua ba re: “Re tla etsa sohle seo u re laetseng sona ’me re tla ea kae kapa kae moo u reng re ee teng.+ 17 Re tla u mamela feela joalokaha re ile ra mamela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Moshe a ileng a e bua. E se eka Jehova Molimo oa hao a ka ba le uena feela joalokaha a ile a ba le Moshe.+ 18 Motho ea fetohelang taelo ea hao ’me a sa mamele taelo e ’ngoe le e ’ngoe eo u mo fang eona o tla bolaoa.+ U be sebete ’me u be matla.”+
2 Joale Joshua mora oa Nune a romela banna ba babeli ka sephiri ho tloha Shitime+ hore ba e’o hloela* naha. A re ho bona: “E-eang ’me le e’o hloela naha, haholo-holo naha ea Jeriko.” Kahoo, ba ea ’me ba fihla ntlong ea Rahaba mosali oa letekatse+ eaba ba lula moo. 2 Morena oa Jeriko o ile a bolelloa sena: “Banna ba Baiseraele ba fihlile mona bosiung bona ho tla hloela naha.” 3 Eaba morena oa Jeriko o romela molaetsa ho Rahaba o re: “Ntša banna ba tlileng mona, ba keneng ka tlung ea hao hobane ba tlile ho tla hloela naha ena eohle.”
4 Empa mosali eo a pata banna bao ba babeli. Eaba o re: “Ke ’nete hore banna bao ba ile ba tla ho ’na empa ke ne ke sa tsebe hore na ba tsoa hokae. 5 Ha ho e-ba lefifi ’me keiti ea motse e se e tl’o koaloa, banna bao ba ile ba tsoa. Ha ke tsebe hore na ba ile hokae empa haeba le ka ba lelekisa kapele, le tla ba tšoara.” 6 (Leha ho le joalo, o ne a ba isitse marulelong ’me a ba patile har’a mahlaka a semela sa folakse* a neng a aliloe holim’a marulelo.) 7 Kahoo, banna bao ba ba lelekisa ka tsela ea maliboho a Jordane+ ’me keiti ea motse ea koaloa hang ka mor’a hore ba ba lelekisang ba tsoe.
8 Pele banna bao ba robala, a tla ho bona marulelong. 9 A re ho bona: “Kea tseba hore Jehova o tla le fa naha ena+ hape re le tšaba haholo.+ Baahi bohle ba naha ba nyahame ka lebaka la lona+ 10 hobane re utloile kamoo Jehova a ileng a le bulela tsela e ommeng Leoatleng le Lefubelu ha le ne le tsoa Egepeta.+ Hape re utloile le seo le ileng la se etsa ho marena a mabeli a Baamore e leng Sihone+ le Oge,+ ao le ileng la a felisa ka lehlakoreng* lane la Jordane. 11 Ha re utloa litlaleho tseo, re ile ra tšoha ’me ha ho na motho ea nang le sebete ka lebaka la lona hobane Jehova Molimo oa lona ke Molimo holimo maholimong le tlase lefatšeng.+ 12 Joale, ka kopo, ntlhapanyetseng ka Jehova hore ha e le mona ke le bontšitse mosa* le lona le tla bontša mosa ho ba ntlo ea Ntate ’me le mphe bopaki ba hore le tla tšepahala.* 13 Le boloke Ntate le ’Mè le bana beso le bohle ba lulang le bona ba phela ’me le re pholose hore re se ke ra shoa.”+
14 Eaba banna bao ba re ho eena: “Re tla le shoela! Haeba le sa bolele taba ena ea rona, re tla le bontša mosa ’me re tla le tšepahalla ha Jehova a re fa naha ena.” 15 Ka mor’a moo, a ba fa ropo hore ba e sebelisetse ho theohela fatše ka fensetere hobane ntlo ea hae e ne e le lerakong la motse.+ 16 A re ho bona: “E-eang lithabeng ’me le ipate moo ka matsatsi a mararo e le hore banna ba le lelekisang ba se ke ba le fumana. Joale ha ba se ba khutlile le ka itsamaela.”
17 Banna bao ba re ho eena: “Re ke ke ra tlangoa ke letho ho phetha kano ena eo u entseng hore re hlapanye hore re tla e phetha+ 18 haeba mohlang re tl’o kena naheng ena, u sa tlama thapo ena ea khoele e khubelu fensetereng eo u re theotseng ka eona. U bokelle ntate oa hao, ’mè oa hao, bana beno le bohle ba ntlo ea ntate oa hao hore ba be le uena ka tlung.+ 19 Joale, haeba mang kapa mang a tsoela ka ntle ho ntlo ea hao, mali a hae a tla ba holim’a hlooho ea hae ’me re ke ke ra ba molato. Empa haeba mang kapa mang ea nang le uena ka tlung a ka tsoa kotsi, mali a hae a tla ba lihloohong tsa rona. 20 Empa haeba u ka bolela taba ena ea rona,+ re ke ke ra ba molato mabapi le kano ea hao eo u entseng hore re hlapanye hore re tla e phetha.” 21 A re: “Ho lokile, ke tla etsa seo le itseng ke se etse.”
Eaba o re ba tsamaee ’me ba tsamaea. Ka mor’a moo, a tlama thapo e khubelu fensetereng. 22 Kahoo, ba tsamaea ba ea lithabeng ’me ba lula moo ka matsatsi a mararo, ho fihlela ba ba lelekisang ba khutlile. Banna ba ba lelekisang ba ile ba ba batla tseleng e ’ngoe le e ’ngoe empa ha baa ka ba ba fumana. 23 Eaba banna bao ba babeli ba theoha lithabeng ’me ba tšela noka, ba tla ho Joshua mora oa Nune. Ba mo bolella lintho tsohle tse ileng tsa ba etsahalla. 24 Ba re ho Joshua: “Jehova o re file naha eohle.+ Ebile baahi bohle ba naha ba nyahame ka lebaka la rona.”+
3 Joale Joshua a tsoha hoseng haholo ’me eena le Baiseraele* bohle ba tloha Shitime+ ’me ba tla Jordane. Ba ile ba qeta bosiu moo pele ba ka tšela.
2 Ka mor’a matsatsi a mararo, balaoli+ ba tsamaea har’a liahelo 3 ’me ba laela batho ba re: “Hang ha le bona areka ea selekane sa Jehova Molimo oa lona e jeroe ke baprista ba Balevi,+ le tlohe sebakeng sa lona ’me le e sale morao. 4 Empa le be hole le eona ka limithara tse ka bang 890.* Le se ke la e atamela e le hore le ka bona tsela eo le lokelang ho tsamaea ka eona hobane ha le e-s’o ka le tsamaea tseleng ena.”
5 Joshua a re ho sechaba: “Itlhoekiseng*+ hobane hosane Jehova o tla etsa lintho tse hlollang har’a lona.”+
6 Joshua a re ho baprista: “Nkang areka+ ea selekane ’me le etelle sechaba pele.” Kahoo, ba nka areka ea selekane ’me ba tsamaea ka pel’a sechaba.
7 Jehova a re ho Joshua: “Letsatsing lena ke tla etsa hore Baiseraele bohle ba u hlomphe+ e le hore ba ka tseba hore ke tla ba le uena+ feela joalokaha ke ile ka ba le Moshe.+ 8 U laele baprista ba jereng areka ea selekane u re: ‘Hang ha le kena ka metsing a Jordane le eme le sa sisinyehe ka har’a Jordane.’”+
9 Joshua a re ho Baiseraele: “Atamelang mona ’me le mamele mantsoe a Jehova Molimo oa lona.” 10 Joshua a re: “Le tla tseba ka sena hore Molimo ea phelang o har’a lona+ le hore ka sebele o tla leleka ka pel’a lona Bakanana, Bahethe, Baheve, Bapereze, Bagirgashe, Baamore le Bajebuse.+ 11 Areka ea selekane sa Morena oa lefatše lohle e le etelletse pele ho tšela Jordane. 12 Nkang banna ba 12 malokong a Iseraele. Le nke monna a le mong lelokong le leng le le leng+ 13 ’me hang ha maoto a baprista ba jereng Areka ea Jehova, Morena oa lefatše lohle a thetsa* metsi a Jordane, metsi a Jordane a phallang ho tsoa holimo nokeng a tla ema tsi! joaloka metsi a letamo.”*+
14 Kahoo, ha sechaba se tloha litenteng tsa sona pele se tšela Jordane, baprista ba jereng areka+ ea selekane ba etella sechaba pele. 15 Hang ha baprista ba jereng Areka ba fihla Jordane ’me ba kenya maoto a bona ka metsing (Jordane e tlala ho feta tekano+ matsatsing ’ohle a kotulo), 16 metsi a phallang ho tloha holimo a ema tsi! hole koana Adama e leng motse o haufi le Zarthane. A ile a phahama, a ba joaloka letamo,* ha ka nako eo metsi a theohelang Leoatleng la Araba e leng Leoatle la Letsoai* a ntse a fela. Noka ea khaotsa ho phalla eaba sechaba se tšela se shebane le Jeriko. 17 Ha baprista ba jereng areka ea selekane sa Jehova ba ntse ba eme ba sa sisinyehe mobung o ommeng+ bohareng ba Jordane, Baiseraele bohle ba feta mobung o ommeng+ ho fihlela sechaba kaofela se qetile ho tšela Jordane.
4 Hang ha sechaba sohle se qetile ho tšela Jordane, Jehova a re ho Joshua: 2 “Khethang banna ba 12 sechabeng, le khethe monna a le mong lelokong ka leng+ 3 ’me le re ho bona: ‘Nkang majoe a 12 bohareng ba Jordane, moo maoto a baprista a neng a eme teng a sa sisinyehe+ ’me le tšele le majoe ao ebe le a beha sebakeng seo le tla qeta bosiu ho sona.’”+
4 Kahoo, Joshua a bitsa banna ba 12 bao a neng a ba khethile ho Baiseraele, monna a le mong lelokong ka leng. 5 Joshua a re ho bona: “Fetelang ka pel’a Areka ea Jehova Molimo oa lona le ee bohareng ba Jordane ’me e mong le e mong oa lona a jare lejoe lehetleng la hae, ho ea ka palo ea maloko a Baiseraele 6 hore e be letšoao har’a lona. Haeba bana* ba lona ba ka le botsa nakong e tlang, ba re, ‘Ke hobane’ng ha le behile majoe aa moo?’+ 7 Le tla re ho bona: ‘Ke hobane metsi a Jordane a ile a emisoa ka pel’a areka+ ea selekane sa Jehova. Ha areka e tšela Jordane, metsi a Jordane a ile a emisoa. Majoe ana e tla lula e le sehopotso* ho sechaba sa Iseraele.’”+
8 Baiseraele ba etsa feela joalokaha Joshua a ne a laetse. Ba nka majoe a 12 bohareng ba Jordane, a lekanang le palo ea maloko a Baiseraele. Ba etsa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Joshua. Ba tšela le ’ona ho ea sebakeng seo ba neng ba e’o qeta bosiu ho sona ’me ba a beha moo.
9 Joshua a hloma majoe a 12 bohareng ba Jordane, moo maoto a baprista ba neng ba jere areka ea selekane a neng a eme teng.+ Majoe ao a ntse a le moo ho fihlela letsatsing lena.
10 Baprista ba jereng Areka ba ’na ba ema bohareng ba Jordane, ho fihlela sechaba se entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a neng a laetse Joshua hore a se bolelle hore se e etse, ho ea ka sohle seo Moshe a neng a se laetse Joshua. Ka nako ena eohle, sechaba se ne se tšela ka potlako. 11 Hang ha sechaba sohle se qetile ho tšela, baprista ba jereng Areka ea Jehova ba tšela sechaba se ba shebile.+ 12 Barubene, Bagade le halofo ea leloko la Manase ba tšela ba itokiselitse ho ea loana,+ ba ne ba tsamaea ka pel’a Baiseraele ba bang feela joalokaha Moshe a ne a ba laetse.+ 13 Masole a ka bang 40 000 a hlometseng bakeng sa ntoa, a tšela ka pel’a Jehova ho ea lehoatateng la Jeriko.
14 Letsatsing leo Jehova a phahamisa Joshua ka pel’a mahlo a Baiseraele bohle+ eaba ba mo hlompha haholo* bophelo bohle ba hae feela joalokaha ba ne ba hlompha Moshe.+
15 Jehova a re ho Joshua: 16 “Laela baprista ba jereng areka+ ea Bopaki hore ba tsoe Jordane.” 17 Kahoo, Joshua a re ho baprista: “Tsoang Jordane.” 18 Ha baprista ba jereng areka+ ea selekane sa Jehova ba tsoa bohareng ba Jordane ’me maoto a bona a hata mobung o ommeng, metsi a Jordane a boela a phalla ’me a tlala ho feta tekano+ joaloka pele.
19 Sechaba se ile sa tšela Jordane ka letsatsi la leshome la khoeli ea pele ’me sa hloma litente tsa sona Gilgale+ moeling o ka bochabela oa Jeriko.
20 Ha e le majoe a 12 ao ba neng ba a ntšitse Jordane, Joshua a a hloma Gilgale.+ 21 Eaba o re ho Baiseraele: “Ha bana ba lona ba botsa bo-ntate ba bona nakong e tlang ba re, ‘Majoe aa a bolela’ng?’+ 22 le hlalosetse bana ba lona le re: ‘Baiseraele ba ile ba tšela Jordane mobung o ommeng+ 23 ha Jehova Molimo oa lona a ne a etsa hore metsi a Jordane a khaotse ho phalla ho fihlela ba e tšetse feela joalokaha Jehova Molimo oa lona a entse Leoatleng le Lefubelu, ha a ne a le arola ka pel’a rona ho fihlela re le tšetse.+ 24 O entse lintho tsena e le hore lichaba tsohle tsa lefatše li ka tseba kamoo letsoho la Jehova le leng matla kateng+ le bakeng sa hore le lule le tšaba Jehova Molimo oa lona.’”
5 Hang ha marena ’ohle a Baamore+ a neng a le ka lehlakoreng le ka bophirimela la Jordane* le marena ’ohle a Bakanana+ a neng a le haufi le leoatle a utloa hore Jehova o entse hore metsi a Jordane a khaotse ho phalla ka pel’a Baiseraele ho fihlela ba tšetse, a ile a tšoha ’me a nyahama haholo+ ka lebaka la Baiseraele.+
2 Ka nako eo Jehova a re ho Joshua: “Iketsetse lithipa tsa lejoe le thata ’me u bolotse+ banna ba Iseraele hape ka lekhetlo la bobeli.” 3 Kahoo, Joshua a etsa lithipa tsa lejoe le thata ’me a bolotsa banna ba Iseraele Gibeathe-haralothe.*+ 4 Lena ke lebaka le entseng hore Joshua a ba bolotse: Banna bohle ba tsoileng Egepeta e leng banna bohle ba ntoa,* ba ne ba shoelletse lefeelleng tseleng ka mor’a hore ba tsoe Egepeta.+ 5 Batho bohle ba ileng ba tsoa Egepeta ba ne ba bolotse empa batho bohle ba tsoaletsoeng lefeelleng tseleng ka mor’a hore sechaba se tsoe Egepeta, ba ne ba e-s’o bolotsoe. 6 Baiseraele ba ne ba tsamaile lilemo tse 40+ lefeelleng ho fihlela sechaba sohle se shoele e leng banna ba ntoa ba tsoileng Egepeta ba sa kang ba mamela lentsoe la Jehova.+ Jehova o ile a ba a ikana hore le ka mohla a ke ke a ba lumella ho bona naha eo+ Jehova a neng a ikanne ho baholo-holo ba bona hore o tla ba fa eona,+ naha e phallang lebese le mahe a linotši.+ 7 Kahoo, a nka bara ba bona ho e-na le bona.+ Joshua o ile a ba bolotsa. Ba ile ba bolotsoa hobane ba ne ba sa bolotsoa ha ba ntse ba le leetong.
8 Ha ba qetile ho bolotsa sechaba sohle, ha baa ka ba tloha sebakeng seo ba neng ba le ho sona liahelong ho fihlela ba folile.
9 Joale Jehova a re ho Joshua: “Kajeno ke entse bonnete ba hore Baegepeta ba ke ke ba hlola ba le nyefola.”* Kahoo, sebaka seo esale se bitsoa Gilgale+ ho fihlela letsatsing lena.
10 Baiseraele ba ’na ba lula liahelong Gilgale eaba ba tšoara Paseka letsatsing la bo14 la khoeli,+ mantsiboea lehoatateng la Jeriko. 11 Ba ja lihlahisoa tsa naha letsatsing le hlahlamang ka mor’a Paseka e leng mahobe a se nang tomoso+ le lijo tse kotutsoeng tse halikiloeng letsatsing lona leo. 12 Joale manna a khaotsa ho ba teng letsatsing le latelang leo ka lona ba jeleng tse ling tsa lihlahisoa tsa naha. Ho ne ho se ho se na manna bakeng sa Baiseraele+ empa ba qala ho ja lihlahisoa tsa naha ea Kanana selemong seo.+
13 Ha Joshua a le haufi le Jeriko, a phahamisa mahlo ’me a bona monna+ a eme ka pel’a hae a tšoere sabole letsohong la hae.+ Joshua a ea ho eena ’me a mo botsa a re: “Na u ka lehlakoreng la rona kapa la bahanyetsi ba rona?” 14 Eaba o re: “Che, ke tlile ke le khosana* ea lebotho la Jehova.”+ Hang-hang Joshua a khumama eaba o inamisa hlooho ’me a re ho eena: “Moren’a ka o re’ng ho mohlanka oa hae?” 15 Khosana ea lebotho la Jehova ea re ho Joshua: “Rola lieta* tsa hao hobane sebaka seo u emeng ho sona sea halalela.” Hang-hang Joshua a etsa joalo.+
6 Jeriko e ne e koetsoe ka thata ka lebaka la Baiseraele. Ho ne ho se na motho ea tsoang le ea kenang.+
2 Eaba Jehova o re ho Joshua: “Ke nehelane ka Jeriko le morena oa eona le banna ba eona ba ntoa ba matla ho uena.+ 3 Lona banna bohle ba ntoa le potolohe motse, le o potolohe hanngoe. Le o potolohe ka matsatsi a tšeletseng. 4 U laele baprista ba supileng hore ba nke manaka a supileng a liramo ka pel’a Areka. Empa ka letsatsi la bosupa le potolohe motse ka makhetlo a supileng ’me baprista ba letse manaka.+ 5 Ha ba letsa lenaka la ramo ’me le utloa molumo* oa lenaka, sechaba sohle se etse molumo o moholo oa ntoa. Lerako la motse le tla oa putla!+ ’me sechaba se nyolohe, e mong le e mong a lebe pele.”
6 Kahoo, Joshua mora oa Nune a bitsa baprista ’me a re ho bona: “Nkang areka ea selekane ’me baprista ba supileng ba nke manaka a supileng a liramo ka pel’a Areka ea Jehova.”+ 7 A re ho masole: “Fetelang pele le potolohe motse ’me masole a hlometseng+ bakeng sa ntoa a tsamaee ka pel’a Areka ea Jehova.” 8 Feela joalokaha Joshua a ne a boleletse sechaba, baprista ba supileng ba nkileng manaka a supileng a liramo ka pel’a Jehova ba ea ka pele ’me ba letsa manaka ’me areka ea selekane sa Jehova e ne e ba latela. 9 Masole a hlometseng bakeng sa ntoa a ne a tsamaea ka pel’a baprista ba neng ba letsa manaka ’me balebeli ba ka morao ba latela Areka ha manaka a ntse a letsoa a sa khaotse.
10 Joshua o ne a laetse sechaba a re: “Le se ke la hoeletsa kapa la etsa hore mantsoe a lona a utluoe. Ha ho lentsoe le lokelang ho tsoa melomong ea lona ho fihlela letsatsing leo ka lona ke reng ho lona, ‘Hoeletsang!’ Joale le tla hoeletsa.” 11 A etsa hore Areka ea Jehova e potolohe motse, ea o potoloha hanngoe ’me ka mor’a moo, ba khutlela litenteng tsa bona ’me ba qeta bosiu moo.
12 Letsatsing le hlahlamang Joshua a tsoha hoseng haholo ’me baprista ba jara Areka+ ea Jehova. 13 Baprista ba supileng ba nkileng manaka a supileng a liramo ba ne ba tsamaea ka pel’a Areka ea Jehova, ba ntse ba letsa manaka ba sa khaotse. Masole a hlometseng bakeng sa ntoa a ne a ba eteletse pele ha balebeli ba ka morao ba ntse ba latela Areka ea Jehova ’me baprista ba ntse ba letsa manaka ba sa khaotse. 14 Ba potoloha motse hanngoe ka letsatsi la bobeli, ka mor’a moo ba khutlela liahelong. Ke seo ba ileng ba se etsa ka matsatsi a tšeletseng.+
15 Ka letsatsi la bosupa ba tsoha hoseng hang ha mafube a hlaha eaba ba potoloha motse ka mokhoa o tšoanang ka makhetlo a supileng. Ke letsatsing leo feela moo ba ileng ba potoloha motse ka makhetlo a supileng.+ 16 Ka lekhetlo la bosupa, baprista ba letsa manaka eaba Joshua o re ho sechaba: “Hoeletsang+ hobane Jehova o le file motse ona! 17 Motse ona le lintho tsohle tse ho oona li lokela ho felisoa.+ Kaofela ha oona ke oa Jehova. Ke Rahaba+ oa letekatse feela ea ka lulang a phela, eena le bohle ba nang le eena ka tlung hobane o ile a pata banna bao re ileng ra ba romela hore ba tl’o hloela* naha.+ 18 Empa le suthele hole le lintho tse lokelang ho felisoa+ e le hore le se ke la li lakatsa ’me la li nka+ eaba le etsa hore liahelo tsa Iseraele e be ntho e lokelang ho felisoa ’me la e tlisetsa tlokotsi.*+ 19 Empa silevera eohle le khauta le lintho tsa koporo le tšepe lia halalela ho Jehova.+ Li isoe moo ho bolokoang matlotlo bakeng sa ntlo ea Jehova.”+
20 Joale sechaba sa hoeletsa ha ho letsoa manaka.+ Hang ha sechaba se utloa molumo oa lenaka ’me se hoeletsa ka molumo o moholo oa ntoa, lerako la oa.+ Ka mor’a moo, sechaba sa kena motseng, e mong le e mong a lebile pele ’me sa hapa motse. 21 Sa felisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e le motseng ka sabole, banna le basali, ba banyenyane le ba baholo, lipoho, linku le litonki.+
22 Joshua a re ho banna ba babeli ba neng ba ile ba hloela* naha: “Kenang ntlong ea mosali eo oa letekatse ’me le ntše mosali eo le bohle ba hae feela joalokaha le mo hlapanyelitse.”+ 23 Kahoo, bahlankana ba neng ba ile ho ea hloela naha ba kena ’me ba ntša Rahaba, ntate oa hae, ’mè oa hae, likhaitseli tsa hae le bohle ba lulang le eena. Ba ntša bohle ba lelapa labo+ ’me ba ba beha ka ntle ho liahelo tsa Iseraele.
24 Eaba ba chesa motse le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e le ho oona ka mollo. Empa silevera, khauta le lintho tsa koporo le tsa tšepe, ba li isa moo ho bolokoang matlotlo bakeng sa ntlo ea Jehova.+ 25 Rahaba oa letekatse le ba ntlo ea ntate oa hae le bohle ba lulang le eena, ke bona feela bao Joshua a ileng a ba boloka ba phela+ ’me o lula Iseraele ho tla fihlela letsatsing lena+ hobane o ile a pata banna bao Joshua a ileng a ba romela ho ea hloela* Jeriko.+
26 Ka nako eo, Joshua a phatlalatsa kano e reng:* “E se eka motho ea tla haha motse ona oa Jeriko a ka rohakoa ka pel’a Jehova. O tla lahleheloa ke letsibolo la hae haeba a ka etsa motheo oa motse ona ’me o tla lahleheloa ke ngoana oa hae oa ho fela haeba a ka kenya mamati a oona.”+
27 Jehova o ne a e-na le Joshua,+ ka hona Joshua a tuma* lefatšeng lohle.+
7 Empa Baiseraele ha baa ka ba tšepahala mabapi le lintho tse neng li lokela ho felisoa hobane Akane+ mora oa Karmi, mora oa Zabdi, mora oa Zera oa leloko la Juda, o ile a nka tse ling tsa lintho tse neng li lokela ho felisoa.+ Eaba Jehova o halefela Baiseraele+ haholo.
2 Joshua a romela banna Ai+ e haufi le Bethe-avene, ka bochabela ho Bethele+ ba tsoa Jeriko a re ho bona: “Nyolohang le e’o hloela* naha.” Kahoo, banna bao ba nyoloha ’me ba hlahloba Ai. 3 Ha ba khutlela ho Joshua ba ile ba re ho eena: “Ha ho hlokahale hore sechaba sohle se nyolohe. Banna ba ka bang 2 000 kapa ba ka bang 3 000 ba tla lekana hore ba hlole Ai. U se ke oa khathatsa sechaba sohle ka hore se ee moo hobane baahi ba moo ha ba bangata.”
4 Kahoo, banna ba ka bang 3 000 ba nyolohela moo empa ba ile ba tlameha ho baleha banna ba Ai.+ 5 Banna ba Ai ba bolaea banna ba 36 ’me ba ba lelekisa ho tloha ka ntle ho keiti ea motse ho ea fihla Shebarime ’me ba tsoela pele ho ba bolaela motheong. Ka lebaka leo, batho ba ile ba tšoha ’me ba felloa ke matla.
6 Joshua le baholo ba Iseraele ba tabola liaparo tsa bona ’me ba khumama lifahleho tsa bona li shebile fatše ka pel’a Areka ea Jehova ho fihlela mantsiboea ’me ba ’na ba itšela ka lerole lihloohong. 7 Joshua a re: “Oho, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, ke hobane’ng ha u ile oa tšelisa sechaba see Jordane hore feela u nehelane ka rona ho Baamore hore ba re felise? Hoja ra itulela ka lehlakoreng lane* la Jordane. 8 Ntšoarele Jehova, ke tla re’ng ha e le moo Baiseraele ba balehile* lira tsa bona? 9 Ha Bakanana le baahi bohle ba naha ena ba utloela ka taba ena ba tla re pota-pota ’me ba felise lebitso la rona lefatšeng. Joale u tla etsa’ng ho sireletsa lebitso la hao le leholo?”+
10 Jehova a re ho Joshua: “Ema! Ke hobane’ng ha u itihetse fatše ka sefahleho? 11 Baiseraele ba entse sebe. Ha baa boloka selekane*+ sa ka seo ke neng ke ba laetse hore ba se boloke. Ba nkile tse ling tsa lintho tse neng li lokela ho felisoa,+ ba li utsoitse+ ’me ba li patile har’a lintho tsa bona.+ 12 Kahoo, Baiseraele ba ke ke ba khona ho hlola lira tsa bona. Ba tla baleha lira tsa bona hobane ba lokela ho felisoa. Nke ke ka ba le lona hape ntle le haeba le ka tlosa ntho e lokelang ho felisoa+ har’a lona. 13 Ema ’me u hloekise* sechaba.+ U re ho sona, ‘Itlhoekisetseng* hosane hobane sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng: “Ho na le ntho e lokelang ho felisoa har’a lona Baiseraele. Le ke ke la khona ho hlola lira tsa lona ho fihlela le tlositse ntho eo e lokelang ho felisoa har’a lona. 14 Le itlhahise ka pel’a Molimo hoseng ho ea ka meloko ea lona. Leloko leo Jehova a le khethang+ le tla atamela ’me har’a malapa ’ohle a leloko leo, lelapa leo Jehova a le khethang le tla atamela, har’a lelapa leo, ba ntlo eo Jehova a e khethang ba tla atamela, ho ba ntlo eo, monna e mong le e mong o tla atamela. 15 Motho eo ho tla fumanoa a e-na le ntho e lokelang ho felisoa, o tla chesoa ka mollo+ le lintho tsohle tsa hae hobane ha a boloka selekane+ sa Jehova ebile o entse ntho e soabisang Iseraele.”’”
16 Letsatsing le hlahlamang, Joshua a tsoha hoseng haholo ’me a re Baiseraele ba atamele ho ea ka maloko a bona eaba Molimo o khetha leloko la Juda. 17 Joshua a re malapa a leloko la Juda a atamele ’me Molimo a khetha lelapa la Bazera+ eaba ka mor’a moo Joshua o laela hore monna ka mong ho lelapa la Bazera a atamele ’me Molimo a khetha Zabdi. 18 Qetellong Joshua a re monna ka mong ho ba ntlo ea Zabdi a atamele eaba Molimo o khetha+ Akane mora oa Karmi, mora oa Zabdi, mora oa Zera oa leloko la Juda. 19 Joshua a re ho Akane: “Mora oa ka ka kopo, tlotlisa Jehova Molimo oa Iseraele ’me u ipolele ho eena. Ka kopo mpolelle hore na u entse’ng. U se ke oa mpatela letho.”
20 Akane a araba Joshua a re: “Kannete ke ’na ea sitetsoeng Jehova Molimo oa Iseraele ’me seo ke se entseng ke hore, 21 ha ke bona seaparo se khethehileng se setle se tsoang Shinare+ har’a thepa e hapuoeng le likotoana tsa silevera tsa boima ba lik’hilokramo tse peli* le setene se le seng sa khauta se boima ba likramo tse 570,* ke ile ka li khalla eaba kea li nka. Ke li patile fatše ka har’a tente ea ka ’me chelete e ka tlas’a tsona.”
22 Hang-hang Joshua a romela baromuoa eaba ba mathela tenteng. Seaparo se ne se patiloe ka tenteng ea hae ’me chelete e le ka tlasa sona. 23 Kahoo, ba ntša lintho tseo ka tenteng, ba li tlisa ho Joshua le ho Baiseraele bohle ’me ba li beha ka pel’a Jehova. 24 Joale Joshua le Baiseraele bohle ba nka Akane+ mora oa Zera hammoho le silevera, seaparo se khethehileng le setene sa khauta+ le bara ba hae, barali ba hae, likhomo tsa hae, litonki tsa hae, mehlape ea hae ea linku le lipoli, tente ea hae le lintho tsohle tsa hae ’me ba li isa Khohlong* ea Akore.+ 25 Joshua a re: “Ke hobane’ng ha u re tliselitse tlokotsi?*+ Le uena Jehova o tla u tlisetsa tlokotsi letsatsing lena.” Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majoe.+ Ka mor’a moo, ba ba chesa ka mollo.+ Ba ile ba ba bolaea kaofela ka ho ba tlepetsa ka majoe. 26 Ba etsa qubu e kholo ea majoe holim’a hae, e ntseng e le teng ho fihlela letsatsing lena. Eaba bohale ba Jehova boa kokobela.+ Ke ka lebaka leo sebaka seo se bitsoang Khohlo ea Akore* ho fihlela letsatsing lena.
8 Jehova a re ho Joshua: “U se ke oa tšoha kapa oa thothomela.+ Nka masole ’ohle ’me u e’o loantša motse oa Ai. Ke nehelane ka morena oa Ai le batho ba hae le motse oa hae le naha ea hae+ letsohong la hao. 2 U felise Ai le morena oa eona feela joalokaha u ile oa felisa Jeriko le morena oa eona+ empa le ka inkela thepa ea eona e hapuoeng le liphoofolo tsa eona. U behe masole a tla ipata ka mor’a motse bakeng sa ho hlasela motse.”
3 Kahoo, Joshua a tsamaea le masole ’ohle ho ea loantša Ai. Joshua a khetha banna ba 30 000 ba matla ’me a ba romela bosiu. 4 A re ho bona: “Le ipate ka mor’a motse hore le tle le o hlasele. Le se ke la ea hole haholo le motse ’me kaofela ha lona le lule le itokisitse. 5 Ke tla atamela motse hammoho le masole ’ohle ’me ha ba tla ho rona ho tla re hlasela joaloka pele,+ re tla ba baleha. 6 Ha ba re lelekisa, re tla etsa hore ba re lelekise ho fihlela ba le hole le motse oa bona hobane ba tla re, ‘Ba re baleha joaloka pele.’+ Le rona re tla ba baleha. 7 Le tlohe moo le ipatileng teng ’me le hape motse. Jehova Molimo oa lona o tla etsa hore le o felise. 8 Hang ha le hapile motse le o chese.+ Le etse seo Jehova a le boleletseng sona. Tsena ke litaelo tseo ke le fang tsona.”
9 Joshua a re ba tsamaee eaba ba ea moo ba e’o ipata teng. Ba fihla ba lula pakeng tsa Bethele le Ai, ho elella ka bophirimela ho Ai. Joshua eena a sala le masole a mang bosiung boo.
10 Ka mor’a hore Joshua a tsohe hoseng haholo ’me a bokelle masole, eena le baholo ba Iseraele ba etella masole pele ho ea Ai. 11 Masole ’ohle+ a neng a e-na le eena a nyoloha ’me a ea ka pel’a motse. Ba hloma litente ho elella ka lehlakoreng le ka leboea la Ai, khohlo e le pakeng tsa bona le Ai. 12 Ka nako eo, o ne a nkile banna ba ka bang 5 000, a itse ba ipate+ pakeng tsa Bethele+ le Ai, ho elella ka bophirimela ho motse. 13 Kahoo, masole a hloma litente ka leboea ho motse+ ’me a neng a ipatile a ne a le ka bophirimela ho motse+ eaba Joshua o kena ka har’a khohlo* bosiung boo.
14 Hang ha morena oa Ai a ba bona, eena le banna ba motse ba tsoa ka potlako hoseng ho ea loantša Baiseraele sebakeng se itseng se ka pel’a lehoatata.* Empa o ne a sa tsebe hore ho na le masole a ipatileng ka mor’a motse a neng a tl’o mo hlasela. 15 Ha banna ba Ai ba ba hlasela, Joshua le Baiseraele bohle ba baleha ka tsela e eang lefeelleng.+ 16 Eaba banna bohle ba neng ba le motseng baa bitsoa hore ba ba lelekise ’me ha ba ntse ba lelekisa Joshua ba ne ba ntse ba e-ba hole le motse. 17 Banna bohle ba Ai le Bethele ba ile ba tsoa ho ea lelekisa Baiseraele, ha ho na monna ea ileng a sala. Ba ile ba siea motse o bulehile ’me ba lelekisa Baiseraele.
18 Jehova a re ho Joshua: “Otlolla letsoho u supe motse oa Ai+ ka lerumo le letsohong la hao hobane ke tla etsa hore u e hape.”+ Kahoo, Joshua a supa motse ka lerumo leo a le tšoereng. 19 Eitse ha banna ba ipatileng ba bona Joshua a otlollotse letsoho, ba ema ka potlako sebakeng sa bona ’me ba mathela motseng ba o hapa eaba ba o chesa+ hang-hang.
20 Ha banna ba Ai ba hetla, ba bona mosi o tsoa motseng, o nyolohela maholimong eaba ba felloa ke matla hobane ho ne ho se na moo ba ka balehelang teng. Eaba masole a Baiseraele a neng a balehela lefeelleng a sheba ka ho banna ba neng ba ba lelekisa. 21 Ha Joshua le masole ’ohle a Baiseraele ba bona hore ba neng ba ipatile ba hapile motse ’me ba bona motse o kubella mosi, ba sheba ka ho banna ba Ai ’me ba ba hlasela. 22 Masole a hapileng motse le ’ona a tsoa motseng, a ba hlasela. Banna ba Ai ba ne ba le lipakeng, Baiseraele ba bang ba le ka lehlakoreng lena ’me ba bang ba le ka ho lane eaba baa ba bolaea ’me ha hoa ka ha e-ba le ea mong ea phonyohang kapa ea balehang.+ 23 Empa ba tšoara morena oa Ai+ a ntse a phela eaba ba mo tlisa ho Joshua.
24 Ha Baiseraele ba qeta ho bolaea baahi bohle ba Ai lefeelleng leo ba neng ba ba lelekisa ho ea ho lona ’me ba ba bolaile kaofela ka sabole, joale Baiseraele bohle ba khutlela Ai ’me ba bolaea ba setseng ka sabole. 25 Letsatsing leo ho ile ha bolaoa batho bohle ba Ai ba 12 000, ho tloha ho monna ho ea ho mosali. 26 Joshua ha aa ka a theola letsoho leo a neng a tšoere lerumo+ ka lona ho fihlela a felisitse+ baahi bohle ba Ai. 27 Ka mor’a moo, Baiseraele ba ile ba inkela liphoofolo le thepa eo ba e hapileng ea motse oo, ho ea ka litaelo tseo Jehova a neng a li file Joshua.+
28 Joale Joshua a chesa Ai ’me ho fihlela letsatsing lena ho setse qubu ea majoe feela.+ 29 A fanyeha morena oa Ai palong* ho fihlela mantsiboea. Eaba ha letsatsi le le haufi le ho likela, Joshua o laela hore setopo sa hae se theoloe palong.+ Ba se lahlela keiting ea motse ’me ba beha qubu e kholo ea majoe holim’a hae, e ntseng e le teng ho fihlela letsatsing lena.
30 Ka mor’a moo, Joshua a hahela Jehova Molimo oa Iseraele aletare Thabeng ea Ebale,+ 31 feela joalokaha Moshe mohlanka oa Jehova a ne a laetse Baiseraele le joalokaha bukeng ea Molao+ oa Moshe ho ngotsoe mantsoe a reng: “Aletare ea majoe a sa thujoang ka thulusi ea tšepe.”+ Ba ne ba nyehela ho Jehova linyehelo tsa secheso holim’a eona, ba etsa le mahlabelo a kopanetsoeng.+
32 Joale a kopiletsa Molao+ oo Moshe a neng a o ngotse holim’a majoe ao ka pel’a Baiseraele.+ 33 Baiseraele bohle, baholo ba bona, balaoli le baahloli ba bona ba ne ba eme ka mahlakoreng a mabeli a Areka ka pel’a baprista ba Balevi ba neng ba jere areka ea selekane sa Jehova. Balichaba hammoho le Baiseraele+ ba ne ba le moo. Halofo e ’ngoe ea bona e ne e le ka pel’a Thaba ea Gerizime ’me halofo e ’ngoe ea bona e le ka pel’a Thaba ea Ebale+ (feela joalokaha Moshe mohlanka oa Jehova a ne a laetse),+ ho hlohonolofatsa sechaba sa Iseraele. 34 Ka mor’a moo, a balla holimo mantsoe ’ohle a Molao,+ litlhohonolofatso+ le lithohako,+ ho ea ka sohle se ngotsoeng bukeng ea Molao. 35 Joshua o ile a balla holimo litaelo tsohle tseo Moshe a neng a li laetse. A li bala ka pel’a phutheho eohle ea Iseraele,+ ho bile ho e-na le basali le bana le balichaba+ ba neng ba lula* le bona.+
9 Ha marena ’ohle a neng a le ka lehlakoreng le ka bophirimela ho Jordane,+ a lulang lithabeng le a lulang Shefela le pel’a lebopo lohle la Leoatle le Leholo*+ le ka pel’a Lebanone, a utloa ka se etsahetseng, marena ana a Bahethe, Baamore, Bakanana, Bapereze, Baheve le Bajebuse,+ 2 a ile a ikopanya hore a loantše Joshua le Baiseraele.+
3 Baahi ba Gibeone+ le bona ba utloa ka seo Joshua a neng a se entse Jeriko+ le Ai.+ 4 Kahoo, ba tla ka leqheka. Ba kenya mefaho ka har’a mekotla ea khale, ba e beha holim’a litonki tsa bona hammoho le makuka* a veine a khale a neng a phatlohile ’me a rokiloe. 5 Hape ba ne ba roetse lieta* tsa khale tse seng li rokiloe ebile li lapiloe, ba apere liaparo tsa khale tse tabohileng. Bohobe bohle boo ba neng ba bo nkile bo ne bo omeletse bo bile bo foforeha. 6 Joale ba ea ho Joshua liahelong tse Gilgale+ ’me ba re ho eena le ho banna ba Iseraele: “Re tsoa naheng e hole. Etsang tumellano le rona.” 7 Empa banna ba Iseraele ba re ho Baheve:+ “Mohlomong le lula naheng e haufi le rona, re ka etsa tumellano joang le lona?”+ 8 Ba re ho Joshua: “Re bahlanka* ba hao.”
Joshua a re ho bona: “Le bo-mang hona le tsoa hokae?” 9 Ba re ho eena: “Bahlanka ba hao ba tsoa naheng e hole haholo+ ka lebaka la lebitso la Jehova Molimo oa hao hobane re utloile ka botumo ba hae le ka lintho tsohle tseo a li entseng Egepeta+ 10 le ka lintho tsohle tseo a li entseng ho marena a mabeli a Baamore a neng a le ka lehlakoreng lane* la Jordane e leng Morena Sihone+ oa Heshbone le Morena Oge+ oa Bashane, ea neng a le Ashtarothe. 11 Kahoo, baholo ba rona le baahi bohle ba naha ea rona ba ile ba re ho rona, ‘Nkang mefaho bakeng sa leeto ’me le tsamaee le e’o kopana le bona. Le re ho bona: “Re tla ba basebeletsi ba lona.+ Etsang tumellano le rona.”’+ 12 Bohobe bona boo re bo nkileng e le mefaho ea rona, bo ne bo ntse bo chesa ha re tloha matlong a rona re tla mona ho lona. Joale lea bo bona hore bo omeletse ebile boa foforeha.+ 13 Makuka* ana a veine a ne a le macha ha re a tlatsa empa hona joale a phatlohile.+ Liaparo tsa rona le lieta* tsa rona li tabohile ebile li senyehile hobane re tsamaile leeto le lelelele.”
14 Eaba banna ba Iseraele ba nka* e meng ea mefaho ea bona empa ha baa ka ba botsa Jehova+ hore na ba etse’ng. 15 Kahoo, Joshua a etsa khotso le bona+ ’me a etsa tumellano le bona ea hore a ke ke a ba bolaea. Likhosana tsa sechaba tsa ikana hore li tla tšepahalla tumellano eo.+
16 Matsatsi a mararo ka mor’a hore ba etse tumellano le bona, ba ile ba utloela hore ba lula sebakeng se haufinyane le bona. 17 Joale Baiseraele ba tloha eaba ba fihla metseng ea bona letsatsing la boraro. Metse ea bona e ne e le Gibeone,+ Kefira, Beerothe le Kiriathe-jearime.+ 18 Empa Baiseraele ha baa ka ba ba hlasela hobane likhosana tsa sechaba li ne li ikanne ka Jehova+ Molimo oa Iseraele. Kahoo, sechaba sohle sa qala ho korotlela likhosana. 19 Eaba likhosana tsohle li re ho sechaba: “Kaha re ile ra ikana ho bona ka Jehova Molimo oa Iseraele, ha rea lumelloa ho ba utloisa bohloko. 20 Joale re tla etsa tjena: Re tla ba tlohela hore ba phele e le hore Molimo a se ke a re halefela ka lebaka la kano eo re e entseng ho bona.”+ 21 Likhosana tsa boela tsa re: “Le se ke la ba bolaea empa mosebetsi oa bona e tla ba ho roalla patsi le ho kha metsi bakeng sa sechaba.” Ena ke qeto eo likhosana li e entseng mabapi le bona.
22 Joale Joshua a ba bitsa ’me a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le ile la re qhekella la re le tsoa hole empa le ntse le lula haufi le rona moo?+ 23 Ho tloha hona joale ho ea pele, le rohakiloe+ ’me le tla lula le le makhoba a roallang patsi le a khang metsi bakeng sa ntlo ea Molimo oa ka.” 24 Ba araba Joshua ba re: “Ke hobane bahlanka ba hao ba ile ba bolelloa ka ho hlakileng hore Jehova Molimo oa hao o laetse mohlanka oa hae Moshe hore o lokela ho le fa naha eohle le ho felisa baahi bohle ba eona hore ba tlohe ka pel’a lona.+ Kahoo, re ne re tšohile hore le tl’o re bolaea,+ ke ka lebaka leo re entseng ntho ena.+ 25 Joale re mohaung oa hao.* Etsa eng kapa eng ka rona eo u bonang e lokile ebile e nepahetse.” 26 Joshua a etsa joalo, a ba lopolla matsohong a Baiseraele ’me ha baa ka ba ba bolaea. 27 Empa letsatsing leo, Joshua a ba etsa ba roallang patsi le ba khang metsi bakeng sa sechaba+ le bakeng sa aletare ea Jehova sebakeng seo Molimo a neng a tla se khetha+ ’me ba ntse ba etsa joalo le letsatsing lena.+
10 Hang ha Morena Adoni-zedeke oa Jerusalema a utloa hore Joshua o hapile Ai le hore o e felisitse, o entse Ai le morena oa eona+ seo a ileng a se etsa Jeriko le morena oa eona+ le hore baahi ba Gibeone ba entse khotso le Baiseraele+ ’me ba lula le bona, 2 a tšoha haholo+ hobane Gibeone e ne e le motse o moholo, e tšoana le o mong oa metse ea borena. E ne e le kholo ho feta Ai+ ’me banna bohle ba eona ba ne ba le matla. 3 Kahoo, Adoni-zedeke morena oa Jerusalema a romela molaetsa ona ho Hohame morena oa Hebrone,+ ho Pirame morena oa Jarmuthe, ho Jafia morena oa Lakishe le ho Debire morena oa Eglone+ a re: 4 “Nthuseng re hlasele Gibeone hobane e entse khotso le Joshua le Baiseraele.”+ 5 Eaba marena a mahlano a Baamore+ e leng morena oa Jerusalema, morena oa Hebrone, morena oa Jarmuthe, morena oa Lakishe le morena oa Eglone, a kopana hammoho le masole a ’ona ’me a ea Gibeone ho ea e loantša.
6 Banna ba Gibeone ba romela molaetsa ho Joshua liahelong Gilgale+ ba re: “U se ke oa lahla* makhoba a hao.+ Tloo kapele! Re pholose ’me u re thuse! Marena ’ohle a Baamore a tsoang lithabeng a re futuhetse.” 7 Kahoo, Joshua a nyoloha a tsoa Gilgale a e-na le masole ’ohle le banna bohle ba matla.+
8 Jehova a re ho Joshua: “U se ke oa ba tšaba+ hobane ke nehelane ka bona ho uena.+ Ha ho le ea mong oa bona ea tla u hlola.”+ 9 Joshua le masole a hae ba tsamaea bosiu kaofela ho tloha Gilgale ’me ba hlasela lira tsa bona li sa lebella. 10 Jehova a li ferekanya ka pel’a Baiseraele+ ’me ba li bolaea ka bongata Gibeone, ba li lelekisa tseleng e moepa ea Bethe-horone ’me ba li bolaea ho ea fihla Azeka le Makeda. 11 Ha lira tsa Baiseraele li ntse li ba baleha ’me li le motheong oa Bethe-horone, Jehova a li nesetsa sefako se seholo ho ea fihla Azeka ’me tsa shoa. Ha e le hantle, ba bolailoeng ke sefako ba ne ba le bangata ho feta bao Baiseraele ba ba bolaileng ka sabole.
12 Joale, letsatsing leo ka lona Jehova a ileng a felisa Baamore ka pel’a Baiseraele, Joshua o ile a bua le Jehova ka pel’a Baiseraele a re:
13 Kahoo, letsatsi la ema tsi! le khoeli ea se ke ea sisinyeha ho fihlela sechaba se iphetelitse ho lira tsa sona. Na ha hoa ngoloa bukeng ea Jashare?+ Letsatsi la ema bohareng ba leholimo ’me la se ke la potlakela ho likela hoo e ka bang letsatsi lohle. 14 Ha ho e-s’o ka ho e-ba le letsatsi le tšoanang le leo, leo ka lona Jehova a ileng a mamela lentsoe la motho+ ebang ke pele ho lona kapa ka mor’a lona hobane Jehova o ne a loanela Baiseraele.+
15 Ka mor’a moo, Joshua le masole ’ohle a Iseraele ba khutlela litenteng tsa bona tse Gilgale.+
16 Ka nako eo, marena a mahlano a baleha ’me a ipata lehaheng Makeda.+ 17 Joshua a bolelloa molaetsa o reng: “Marena a mahlano a fumanoe a ipatile lehaheng Makeda.”+ 18 Joshua a re: “Thetelang majoe a maholo molomong oa lehaha ’me le behe banna hore ba a lebele. 19 Empa lona ba bang le se ke la ema. Lelekisang lira tsa lona ’me le li hlasele.+ Le se ke la li lumella ho kena metseng ea tsona hobane Jehova Molimo oa lona o nehelane ka tsona matsohong a lona.”
20 Ka mor’a hore Joshua le Baiseraele ba bolaee lira tsa bona tse ngata, hoo ba batlileng ba ba bolaea kaofela, ntle le ba ileng ba phonyoha ’me ba balehela metseng e sirelelitsoeng ka marako, 21 banna bohle ba khutlela ho Joshua liahelong tse Makeda ba bolokehile. Ka mor’a moo, ha ho na motho le ea mong ea ileng a bua* ntho leha e le efe ho tšosa Baiseraele. 22 Joale Joshua a re: “Bulang molomo oa lehaha ’me le ntše marena ao a mahlano ka lehaheng le a tlise ho ’na.” 23 Kahoo, ba ntša marena ana a mahlano ka lehaheng ’me ba a tlisa ho eena: morena oa Jerusalema, morena oa Hebrone, morena oa Jarmuthe, morena oa Lakishe le morena oa Eglone.+ 24 Ha ba se ba tlisitse marena ana ho Joshua, a bitsa banna bohle ba Iseraele ’me a re ho balaoli ba masole a neng a tsamaile le eena: “Tloong le hate marena ana melaleng.”* Kahoo, ba atamela ’me ba a hata melaleng.+ 25 Eaba Joshua o re ho bona: “Le se ke la tšoha kapa la thothomela.+ E-bang sebete ’me le be matla hobane sena ke seo Jehova a tla se etsa ho lira tsohle tsa lona tseo le li loantšang.”+
26 Joshua a bolaea marena ao, a a fanyeha lipalong* tse hlano eaba a lula a leketlile lipalong ho fihlela mantsiboea. 27 Ha letsatsi le likela Joshua a laela hore ba a theole lipalong+ ’me ba a lahlele ka lehaheng leo a neng a ipatile ho lona. Joale ba beha majoe a maholo molomong oa lehaha ’me a ntse a le teng ho fihlela letsatsing lena.
28 Joshua a hapa Makeda+ letsatsing leo ’me a e loantša ka sabole. A bolaea morena oa eona le batho bohle ba lulang ho eona. Ha hoa ka ha e-ba le motho ea phonyohang.+ A bolaea morena oa Makeda+ feela joalokaha a ile a bolaea morena oa Jeriko.
29 Joshua le masole ’ohle a Iseraele ba tloha Makeda ba ea Libna ’me ba loantša Libna.+ 30 Le eona Jehova o ile a nehelana ka eona le morena oa eona+ matsohong a Baiseraele eaba ba e hlasela ka sabole hammoho le motho e mong le e mong ea lulang moo. Ha hoa ka ha e-ba le motho ea phonyohang ho eona. Kahoo, ba bolaea morena oa eona feela joalokaha ba ile ba bolaea morena oa Jeriko.+
31 Ka mor’a moo, Joshua le masole ’ohle a Iseraele ba tloha Libna ba ea Lakishe+ ’me ba hloma litente tsa bona moo eaba baa e loantša. 32 Jehova a nehelana ka Lakishe matsohong a Baiseraele ’me ba e hapa letsatsing la bobeli. Ba hlasela eona le motho e mong le e mong ea lulang moo ka sabole+ feela joalokaha ba ne ba entse Libna.
33 Horame morena oa Gezere+ a nyoloha ho ea thusa Lakishe, empa Joshua a mo bolaea le masole a hae ho fihlela ho se na ea setseng.
34 Joshua le masole ’ohle a Iseraele ba tloha Lakishe ba ea Eglone+ ’me ba hloma litente tsa bona moo eaba baa e loantša. 35 Ba e hapa letsatsing leo ’me ba e hlasela ka sabole. Ba felisa motho e mong le e mong ea lulang moo letsatsing leo feela joalokaha ba ne ba entse Lakishe.+
36 Joshua le masole ’ohle a Iseraele ba nyoloha ho tloha Eglone ho ea Hebrone+ ’me ba e loantša. 37 Ba e hapa ’me ba hlasela morena oa eona, metse ea eona le motho e mong le e mong ea lulang moo ka sabole. Ha hoa ka ha e-ba le motho ea phonyohang. A e felisa hammoho le batho bohle ba lulang ho eona feela joalokaha a ne a entse Eglone.
38 Qetellong Joshua le masole ’ohle a Iseraele ba khutlela Debire+ ’me ba e loantša. 39 A e hapa le morena oa eona le metse eohle ea eona ’me ba ba hlasela ka sabole, ba bolaea+ motho e mong le e mong ea lulang moo. Ha hoa ka ha e-ba le motho ea phonyohang.+ Ntho eo Joshua a ileng a e etsa Hebrone le Libna le morena oa eona, o ile a e etsa ho Debire le ho morena oa eona.
40 Joshua a hlola libaka tsohle tse lithabeng, Negebe, Shefela+ le libaka tse moepeng le marena ’ohle a tsona. Ha hoa ka ha e-ba le motho ea phonyohang. A felisa batho bohle+ feela joalokaha Jehova Molimo oa Iseraele a ne a laetse.+ 41 Joshua a ba hlola ho tloha Kadeshe-barnea+ ho ea Gaza+ le naheng eohle ea Goshene+ le ho ea fihla Gibeone.+ 42 Joshua a hlola marena ana ’ohle ’me a hapa naha ea ’ona kaofela ka nako e le ’ngoe hobane ke Jehova Molimo oa Iseraele ea neng a loanela Baiseraele.+ 43 Ka mor’a moo, Joshua le masole ’ohle a Iseraele ba khutlela litenteng tsa bona tse Gilgale.+
11 Hang ha Jabine morena oa Hazore a utloa litaba tsena, a romela molaetsa ho Jobabe morena oa Madone,+ ho morena oa Shimrone, ho morena oa Akshafe+ 2 le ho marena a neng a le lithabeng tse ka leboea, a lithoteng* tse ka boroa ho Kinerethe, a Shefela le moepeng oa Dore+ ho ea ka bophirimela. 3 A o romela le ho Bakanana+ ba leng ka bochabela le ka bophirimela, Baamore,+ Bahethe, Bapereze, Bajebuse ba lithabeng le Baheve+ botlaseng ba Hermone+ naheng ea Mizpa. 4 Marena ao ’ohle a tloha le masole ’ohle a ’ona, a le mangata joaloka lehlabathe le lebopong la leoatle hammoho le lipere tse ngata haholo le likariki tsa ntoa. 5 Marena ana ’ohle a lumellana hore a kopane eaba aa tla ’me a hloma litente metsing a Merome ho loantša Baiseraele.
6 Jehova a re ho Joshua: “U se ke oa ba tšaba+ hobane hosane hoo e ka bang ka nako ena, ke tla nehelana ka bona kaofela ho Baiseraele hore ba ba bolaee. U khaole lipere tsa bona mesifa+ ’me u chese likariki tsa bona mollong.” 7 Joshua hammoho le masole ’ohle ba ba hlasela ba sa lebella metsing a Merome. 8 Jehova a nehelana ka bona matsohong a Baiseraele+ ’me ba ba hlola le ho ba lelekisa ho ea fihla Sidone e Kholo+ le Misrefothe-maime+ le Khohlo ea Mizpe ho ea ka bochabela ’me ba ba bolaea ho fihlela ba shoele kaofela.+ 9 Ka mor’a moo, Joshua a etsa seo Jehova a neng a itse a se etse ho bona. A khaola mesifa ea lipere tsa bona ’me a chesa likariki tsa bona tsa ntoa mollong.+
10 Ho feta moo, Joshua a khutla ’me a hapa Hazore eaba o bolaea morena oa eona ka sabole+ hobane pele ho moo Hazore e ne e le hlooho ea mebuso ena eohle. 11 Ba bolaea batho bohle ba lulang moo ka sabole, ba ba felisa.+ Ba ile ba ba bolaea kaofela.+ Eaba ba chesa Hazore ka mollo. 12 Joshua a hapa metse eohle ea marena ana ’me a hlola marena ’ohle a eona ka sabole.+ A a felisa+ feela joalokaha Moshe mohlanka oa Jehova a ne a laetse. 13 Leha ho le joalo, Baiseraele ha baa ka ba chesa metse leha e le efe e neng e le holim’a maralla a manyenyane. Ke Hazore feela eo Joshua a ileng a e chesa. 14 Baiseraele ba ile ba inkela thepa eohle ea metse ena le liphoofolo tsa eona.+ Empa ba ile ba bolaea batho bohle ka sabole ho fihlela ba ba felisitse kaofela.+ Ha ho na motho eo ba ileng ba mo siea a phela.+ 15 Feela joalokaha Jehova a ne a laetse mohlanka oa hae Moshe eaba Moshe le eena o laela Joshua,+ Joshua a etsa joalo. O ile a etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a neng a e laetse Moshe.+
16 Joshua a hapa naha ena eohle, sebaka se lithaba, Negebe eohle,+ naha eohle ea Goshene, Shefela,+ Araba+ le sebaka se lithaba sa Iseraele le Shefela ea eona.* 17 A hapa marena ’ohle a eona ho tloha Thabeng ea Halake, e nyolohelang Seire le ho ea fihla Baale-gade+ Khohlong ea Lebanone botlaseng ba Thaba ea Hermone.+ A a hlola le ho a bolaea. 18 Joshua a loana le marena ana ’ohle ka nako e telele. 19 Ha ho na motse o ileng oa etsa khotso le Baiseraele ntle le Baheve ba lulang Gibeone.+ Ba ile ba hlola metse e meng eohle ka ho e loantša.+ 20 Jehova ke eena ea ileng a etsa hore ba be manganga+ ’me ba loantše Baiseraele e le hore a ba felise ’me a se ke a ba hauhela.+ Ba ne ba lokela ho felisoa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.+
21 Ka nako eo, Joshua a felisa Baanake+ sebakeng se lithaba ho tloha Hebrone, Debire, Anabe, lithabeng tsohle tsa Juda le lithabeng tsohle tsa Iseraele. Joshua a ba felisa hammoho le metse ea bona.+ 22 Ha ho na Baanake ba ileng ba sala naheng ea Baiseraele. Ba ile ba sala+ Gaza,+ Gathe+ le Ashdode+ feela. 23 Kahoo, Joshua a hapa naha eohle feela joalokaha Jehova a ne a tšepisitse Moshe+ ’me Joshua a fana ka eona e le lefa ho Baiseraele ka likarolo tsa eona hore ba e aroleloe ho ea ka maloko a bona.+ Eaba lintoa lia fela naheng eo.+
12 Ana ke marena a naha ao Baiseraele ba ileng ba a hlola, ao ba ileng ba nka naha ea ’ona ka lehlakoreng le ka bochabela la Jordane ho tloha Khohlong ea Arnone+ ho fihlela Thabeng ea Hermone+ le Araba eohle ka bochabela:+ 2 Morena Sihone+ oa Baamore, ea neng a lula Heshbone o ne a busa motse oa Aroere,+ o neng o le lebopong la Khohlo ea Arnone.+ Sebaka sohle ho tloha bohareng ba Khohlo ea Arnone ho ea fihla Khohlong ea Jaboke se ne se busoa ke eena. O ne a busa halofo ea Gileade. Khohlo* ea Jaboke e ne e boetse e le moeli oa Baamone. 3 O ne a boetse a busa lehlakore le ka bochabela la Araba ho ea fihla Leoatleng la Kinerethe*+ le ho ea fihla Leoatleng la Araba e leng Leoatle la Letsoai,* ho ea ka bochabela ba Bethe-jeshimothe le ka boroa tlas’a moepa oa Pisga.+
4 Le naha ea Morena Oge+ oa Bashane, eo e neng e le oa ho qetela ho Barefaime+ le ea neng a lula Ashtarothe le Edrei 5 ’me a busa Thabeng ea Hermone le Salka le Bashane eohle,+ ho ea fihla moeling oa Bageshure le Bamakathe+ le halofo ea Gileade, ho ea naheng ea Morena Sihone oa Heshbone.+
6 Moshe mohlanka oa Jehova le Baiseraele ba ile ba hlola marena ana+ eaba ka mor’a moo Moshe mohlanka oa Jehova o fana ka naha ea ’ona e le lefa ho Barubene, Bagade le ho halofo ea leloko la Manase.+
7 Ana ke marena a naha ao Joshua le Baiseraele ba ileng ba a hlola lehlakoreng le ka bophirimela la Jordane ho tloha Baale-gade+ Khohlong ea Lebanone+ ho ea fihla Thabeng ea Halake,+ e nyolohelang Seire+ eaba Joshua o fana ka naha ea ’ona ho maloko a Iseraele e le lefa ka likarolo tsa eona.+ 8 Linaha tsena li ne li akarelletsa tse sebakeng se lithaba, Shefela, Araba, meepeng, lefeelleng le Negebe+ e leng naha ea Bahethe, Baamore,+ Bakanana, Bapereze, Baheve le Bajebuse:+
9 Morena oa Jeriko,+ morena oa Ai+ e neng e le ka thoko ho Bethele,
10 morena oa Jerusalema, morena oa Hebrone,+
11 morena oa Jarmuthe, morena oa Lakishe,
12 morena oa Eglone, morena oa Gezere,+
13 morena oa Debire,+ morena oa Gedere,
14 morena oa Horma, morena oa Arade,
15 morena oa Libna,+ morena oa Adulame,
16 morena oa Makeda,+ morena oa Bethele,+
17 morena oa Tapua, morena oa Hefere,
18 morena oa Afeke, morena oa Lasharone,
19 morena oa Madone, morena oa Hazore,+
20 morena oa Shimrone-merone, morena oa Akshafe,
21 morena oa Tanake, morena oa Megido,
22 morena oa Kedeshe, morena oa Jokneame+ e Karmele,
23 morena oa Dore moepeng oa Dore,+ morena oa Goime e Gilgale,
24 morena oa Tirza, kaofela e le marena a 31.
13 Joshua o ne a se a tsofetse ’me lilemo tsa hae li se li ile.+ Kahoo, Jehova a re ho eena: “U se u tsofetse le lilemo tsa hao li se li ile empa ho sa na le karolo e kholo ea naha e lokelang ho hapuoa. 2 Ena ke naha e ntseng e setse:+ Libaka tsohle tsa Bafilista le Bageshure bohle+ 3 (ho tloha lekaleng la Nile* le ka bochabela ho* Egepeta ho fihlela ka leboea moeling oa Ekrone, e neng e nkoa e le sebaka sa Bakanana)+ ho kopanyelletsa le libaka tsa marena a mahlano a Bafilista+ e leng tsa Bagaza, Baashdode,+ Baashkelone,+ Bagathe+ le Baekrone+ le tsa Baavime+ 4 ho ea ka boroa le naha eohle ea Bakanana le Meara ea Basidone+ ho ea fihla Afeke, ho fihlela moeling oa Baamore 5 le naha ea Bagebale+ le Lebanone eohle ka bochabela, ho tloha Baale-gade botlaseng ba Thaba ea Hermone ho ea Lebo-hamathe*+ 6 baahi bohle ba sebaka se lithaba ho tloha Lebanone+ ho ea Misrefothe-maime+ le Basidone bohle.+ Ke tla ba leleka ka pel’a Baiseraele.+ Ntho feela eo u lokelang ho e etsa ke ho abela Baiseraele naha eo e le lefa feela joalokaha ke u laetse.+ 7 Joale u arolele maloko a robong le halofo ea leloko la Manase naha ena e le lefa.”+
8 Barubene le Bagade hammoho le halofo e ’ngoe ea leloko la Manase, ba ile ba nka lefa la bona leo Moshe a ileng a ba fa lona ka lehlakoreng le ka bochabela la Jordane feela joalokaha Moshe mohlanka oa Jehova a ba file lona:+ 9 Ho tloha Aroere+ e lebopong la Khohlo ea Arnone+ le motse o ka har’a khohlo le sebaka sohle se phahameng* sa Medeba ho ea fihla Dibone 10 le metse eohle ea Morena Sihone oa Baamore ea neng a busa Heshbone, ho fihlela moeling oa Baamone+ 11 le Gileade le naha ea Bageshure le Bamakathe+ le Thaba eohle ea Hermone le Bashane eohle+ ho ea fihla Salka,+ 12 sebaka sohle sa Bashane se busoang ke Oge ea neng a busa Ashtarothe le Edrei. (E ne e le oa ho qetela ho Barefaime.)+ Moshe o ile a hlola baahi ba libaka tsena ’me a ba leleka.+ 13 Empa Baiseraele ha baa ka ba leleka+ Bageshure le Bamakathe hobane Bageshure le Bamakathe ba ntse ba lula har’a Baiseraele ho fihlela letsatsing lena.
14 Ke leloko la Balevi feela leo a sa kang a le fa lefa.+ Linyehelo tse chesetsoang Jehova Molimo oa Iseraele ke lefa la bona+ feela joalokaha a ba tšepisitse.+
15 Joale Moshe a fa leloko la Barubene lefa ho ea ka malapa a lona 16 ’me naha ea bona e ne e tloha Aroere, e lebopong la Khohlo ea Arnone le motse o ka har’a khohlo le sebaka sohle se phahameng* sa Medeba 17 le Heshbone le metseng eohle ea eona+ e sebakeng se phahameng, Dibone, Bamothe-baale, Bethe-baale-meone,+ 18 Jahaze,+ Kedemothe,+ Mefathe,+ 19 Kiriathaime, Sibma+ le Zerethe-shahare thabeng ea khohlo,* 20 Bethe-peore, moepeng oa Pisga,+ Bethe-jeshimothe,+ 21 metseng eohle e sebakeng se phahameng le sebakeng sohle se busoang ke Morena Sihone oa Baamore ea neng a busa Heshbone.+ Moshe o ile a mo hlola+ a ba a hlola le likhosana tsa Midiane e leng Evi, Rekeme, Zure, Hure le Reba+ ba neng ba busoa* ke Sihone ’me ba lula naheng eo. 22 Balame+ mora oa Beore, senohe,+ ke e mong oa batho bao Baiseraele ba ileng ba ba bolaea ka sabole. 23 Moeli oa Barubene e ne e le Jordane. Naha ena e ne e le lefa la Barubene ka malapa a bona hammoho le metse le metsana ea eona.
24 Ho feta moo, Moshe o ne a file leloko la Gade lefa ho ea ka malapa a lona. 25 Naha ea bona e ne e akarelletsa Jazere+ le metse eohle ea Gileade le halofo ea naha ea Baamone+ ho ea fihla Aroere e shebaneng le Raba+ 26 le ho tloha Heshbone+ ho ea Ramathe-mizpe le Betonime le ho tloha Mahanaime+ ho ea moeling oa Debire 27 le khohlong,* Bethe-harame, Bethe-nimra,+ Sukothe+ le Zafone e leng tse ling tsa libaka tse busoang ke Morena Sihone oa Heshbone,+ Jordane e le moeli ho tloha lebopong la Leoatle la Kinerethe*+ ka lehlakoreng le ka bochabela la Jordane. 28 Lena e ne e le lefa la Bagade ka malapa a bona hammoho le metse le metsana ea eona.
29 Ho ekelletsa moo, Moshe a fa halofo ea leloko la Manase lefa ho ea ka malapa a bona.+ 30 Naha ea bona e ne e tloha Mahanaime+ ’me e akarelletsa Bashane eohle, sebaka sohle se busoang ke Morena Oge oa Bashane le metse eohle ea litente ea Jaire+ e Bashane, metse e 60. 31 Halofo ea Gileade le Ashtarothe le Edrei,+ metse e busoang ke Oge e Bashane, ea ea ho bara ba Makire+ mora oa Manase, ho halofo ea bara ba Makire ka malapa a bona.
32 Ana ke mafa ao Moshe a ileng a ba fa ’ona lehoatateng la Moabe ka nģ’ane ho Jordane, ka bochabela ho Jeriko.+
33 Empa Moshe ha aa ka a fa leloko la Balevi lefa.+ Jehova Molimo oa Iseraele ke lefa la bona feela joalokaha a ba tšepisitse.+
14 Sena ke seo Baiseraele ba ileng ba se nka e le lefa naheng ea Kanana, eo moprista Eleazare le Joshua mora oa Nune le lihlooho tsa matlo a bo-ntate ba maloko a Baiseraele ba ileng ba ba fa eona e le lefa.+ 2 Lefa la bona le ile la ajoa ka lotho+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse a sebelisa Moshe bakeng sa maloko a robong le halofo.+ 3 Moshe o ne a file maloko a mang a mabeli le halofo lefa la bona ka lehlakoreng le leng* la Jordane+ ’me ha aa ka a fa Balevi lefa.+ 4 Litloholo tsa Josefa e ne e le maloko a mabeli,+ Manase le Efraime+ ’me ha baa ka ba fa Balevi karolo naheng, haese metse+ hore ba lule ho eona le makhulo a bona bakeng sa liphoofolo tsa bona le thepa ea bona.+ 5 Kahoo, Baiseraele ba arola naha feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
6 Joale banna ba Juda ba atamela Joshua Gilgale+ ’me Kalebe+ mora oa Jefune Mokenize a re ho eena: “U tseba hantle seo Jehova a se boleletseng+ Moshe mohlanka oa Molimo oa ’nete+ mabapi le ’na le uena Kadeshe-barnea.+ 7 Ke ne ke le lilemo li 40 ha Moshe mohlanka oa Jehova a nthoma ho tsoa Kadeshe-barnea ho ea hloela* naha.+ Ha ke khutla ke ile ka mo bolella ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e boneng.+ 8 Le hoja bana beso ba ileng ba nyoloha le ’na ba ile ba nyahamisa* sechaba, ’na ke ile ka latela Jehova Molimo ka pelo eohle.*+ 9 Moshe o ile a hlapanya letsatsing leo a re: ‘Naha eo leoto la hao le tsamaileng holim’a eona e tla ba lefa le tla lula le le teng bakeng sa hao le bara ba hao hobane u latetse Jehova Molimo oa ka ka pelo eohle.’+ 10 Jehova o phethile tšepiso ea hae+ ka ho mpoloka ke phela+ ka lilemo tsena tse 45, ho tloha ha Jehova a etsa tšepiso ena ho Moshe ha Baiseraele ba ntse ba tsamaea lefeelleng.+ Le kajeno ke ntse ke le teng ’me ke lilemo li 85. 11 Kajeno ke matla joaloka letsatsing leo Moshe a ileng a nthoma ka lona. Ke ntse ke e-na le matla joaloka mehleng eo, matla a ho loana le a ho etsa lintho tse ling. 12 Kahoo, mphe sebaka sena se lithaba seo Jehova a ileng a ntšepisa sona letsatsing leo. Le hoja u ile oa utloa letsatsing leo hore ho ne ho e-na le Baanake+ moo le metse e meholo e sirelelitsoeng ka marako,+ ka sebele* Jehova o tla ba le ’na+ ’me ke tla ba leleka feela joalokaha Jehova a tšepisitse.”+
13 Kahoo, Joshua a mo hlohonolofatsa ’me a fa Kalebe mora oa Jefune sebaka sa Hebrone e le lefa.+ 14 Ke ka lebaka leo Hebrone e leng lefa la Kalebe mora oa Jefune Mokenize ho fihlela letsatsing lena hobane o ile a latela Jehova Molimo oa Iseraele ka pelo eohle.+ 15 Lebitso la Hebrone pele ho moo e ne e le Kiriathe-arba+ (Arba e ne e le monna ea tsebahalang har’a Baanake). Eaba lintoa lia fela naheng eo.+
15 Naha e abetsoeng*+ leloko la Juda bakeng sa malapa a lona e ne e fihla moeling oa Edomo,+ lefeelleng la Zine ho ea qetellong e ka boroa ea Negebe. 2 Moeli oa lona o ka boroa o ne o tloha qetellong ea Leoatle la Letsoai*+ ho tloha lebopong* le shebileng ka boroa. 3 O ne o tsoela pele ho ea fihla ka boroa moepeng oa Akrabime,+ o fetela Zine ebe o nyoloha ho tloha boroa ho ea Kadeshe-barnea+ o ea Hezrone ho ea fihla Adare ’me o potoloha ho ea Karka. 4 Moeli oo o ne o fetela Azmone+ o fihla Khohlong* ea Egepeta+ ’me o fella Leoatleng.* Ona e ne e le moeli oa bona o ka boroa.
5 Moeli o ka bochabela e ne e le Leoatle la Letsoai* ho ea qetellong ea Jordane ’me moeli o k’honeng e ka leboea o ne o le lebopong* la leoatle qetellong ea Jordane.+ 6 Moeli o ne o nyolohela Bethe-hogla+ ’me o feta ka leboea ho Bethe-araba,+ o nyolohela lejoeng la Bohane+ mora oa Rubene. 7 Moeli o ne o nyolohela Debire Khohlong* ea Akore+ ’me o thinyetsa ka leboea ho Gilgale,+ e ka pel’a moepa oa Adumime e ka boroa ho khohlo ’me o ne o fetela metsing a Ene-shemeshe+ o fella Ene-rogele.+ 8 Moeli o ne o nyolohela Khohlong ea Mora oa Hinome+ ho ea moepeng oa Bajebuse+ ka boroa e leng Jerusalema.+ O nyolohela ka holim’a thaba e shebileng Khohlo ea Hinome ho ea ka bophirimela e leng qetellong ea Khohlo* ea Barefaime ho ea ka leboea. 9 Moeli oa tšoauoa ho tloha ka holim’a thaba ho ea selibeng sa metsi a Neftooa,+ oa fihla metseng ea Thaba ea Efrone ’me oa tšoauoa ho ea Baala e leng Kiriathe-jearime.+ 10 Moeli o ne o potoloha ho tloha Baala ka bophirimela ho ea Thabeng ea Seire ’me o fetela moepeng oa Thaba ea Jearime ka leboea e leng Kesalone, o ne o theohela Bethe-shemeshe+ o bile o fetela Timna.+ 11 Moeli o ne o tsoela pele ho fihla moepeng oa Ekrone+ ho ea ka leboea hape o ile oa tšoauoa ho ea Shikrone le ho fetela Thabeng ea Baala ho ea fihla Jabniele ’me oa fella leoatleng.
12 Moeli o ka bophirimela o ne o le Leoatleng le Leholo*+ hammoho le lebopong la lona. Ona e ne e le moeli oa litloholo tsa Juda ho ea ka malapa a tsona ka mahlakoreng ’ohle.
13 Joshua a fa Kalebe+ mora oa Jefune karolo har’a litloholo tsa Juda ka taelo ea Jehova e leng Kiriathe-arba (Arba e ne e le ntate oa Anake) e leng Hebrone.+ 14 Kahoo, Kalebe a leleka bara ba bararo ba Anake moo:+ Sheshai, Akimane le Talmai+ litloholo tsa Anake. 15 A nyoloha ho tloha moo ho ea loantša baahi ba Debire.+ (Pele ho moo Debire e ne e bitsoa Kiriathe-sefere.) 16 Kalebe a re: “Monna ea tla hlasela Kiriathe-sefere ’me a e hapa ke tla mo fa morali oa ka Aksa hore e be mosali oa hae.” 17 Othniele+ mora oa Kenaze,+ ngoan’abo Kalebe a e hapa. Kahoo, a mo fa morali oa hae Aksa+ hore e be mosali oa hae. 18 Ha ba le tseleng e eang hae, Aksa a phehella monna oa hae hore a kope tšimo ho ntate oa hae. Aksa a theoha holim’a tonki.* Kalebe a re ho eena: “U batla’ng?”+ 19 Eaba o re: “Ke kopa u ntlhohonolofatse kaha u mphile karolo ea naha ka boroa,* mphe le Gulothe-maime.”* Kahoo, a mo fa Gulothe e Holimo le Gulothe e Tlase.
20 Lena e ne e le lefa la leloko la Juda ho ea ka malapa a lona.
21 Metse e qetellong ea leloko la Juda ho elella moeling oa Edomo+ ka boroa e ne e le: Kabziele, Edere, Jagure, 22 Kina, Dimona, Adada, 23 Kedeshe, Hazore, Ithenane, 24 Zife, Teleme, Bealothe, 25 Hazore-hadata le Keriothe-hezrone e leng Hazore, 26 Amame, Shema, Molada,+ 27 Hazare-gada, Heshmone, Bethe-pelete,+ 28 Hazare-shuale, Beersheba,+ Biziothia, 29 Baala, Ime, Ezeme, 30 Eltolade, Kesile, Horma,+ 31 Ziklage,+ Madmana, Sansana, 32 Lebaothe, Shilhime, Aine le Rimone,+ kaofela e le metse e 29 hammoho le metsana ea eona.
33 Shefela+ ho ne ho e-na le: Eshtaole, Zora,+ Ashna, 34 Zanooa, Ene-ganime, Tapua, Ename, 35 Jarmuthe, Adulame,+ Soko, Azeka,+ 36 Sharaime,+ Adithaime le Gedera le Gederothaime,* e le metse e 14 le metsana ea eona.
37 Zenane, Hadasha, Migdale-gade, 38 Dileane, Mizpe, Jokthele, 39 Lakishe,+ Bozkathe, Eglone, 40 Kabone, Lamame, Kitelishe, 41 Gederothe, Bethe-dagone, Naama le Makeda,+ e le metse e 16 le metsana ea eona.
42 Libna,+ Ethere, Ashane,+ 43 Ifeta, Ashna, Nezibe, 44 Keila, Akzibe le Maresha, e le metse e robong le metsana ea eona.
45 Ekrone le metse e haufi* le eona le metsana ea eona, 46 ho tloha Ekrone ka bophirimela, libaka tsohle tse haufi le Ashdode le metsana ea eona.
47 Ashdode,+ metse e haufi* le eona le metsana ea eona. Gaza,+ metse e haufi le eona le metsana ea eona ho fihlela Khohlong ea Egepeta, Leoatle le Leholo* le sebaka se haufi le lona.+
48 Sebakeng se lithaba e ne e le Shamire, Jatire,+ Soko, 49 Dana, Kiriathe-sana e leng Debire, 50 Anabe, Eshtemo,+ Anime, 51 Goshene,+ Holone le Gilo,+ e le metse e 11 le metsana ea eona.
52 Arabe, Duma, Eshane, 53 Janime, Bethe-tapua, Afeka, 54 Humta, Kiriathe-arba e leng Hebrone+ le Ziore, e le metse e robong le metsana ea eona.
55 Maone,+ Karmele, Zife,+ Juta, 56 Jezriele, Jokdeame, Zanooa, 57 Kaine, Gibea le Timna,+ e le metse e leshome le metsana ea eona.
58 Halhule, Bethe-zure, Gedore, 59 Marathe, Bethe-anothe le Eltekone, e le metse e tšeletseng le metsana ea eona.
60 Kiriathe-baale e leng Kiriathe-jearime+ le Raba, e le metse e ’meli le metsana ea eona.
61 Lefeelleng e ne e le Bethe-araba,+ Midine, Sekaka, 62 Nibshane, Motse oa Letsoai le Ene-gedi,+ e le metse e tšeletseng le metsana ea eona.
63 Banna ba Juda ha baa ka ba khona ho leleka+ Bajebuse+ ba neng ba lula Jerusalema,+ kahoo Bajebuse ba ntse ba lula le sechaba sa Juda Jerusalema ho fihlela letsatsing lena.
16 Naha eo litloholo tsa Josefa+ li ileng tsa e fuoa ka lotho,*+ e ne e tloha Jordane e Jeriko ho ea metsing a ka bochabela ho Jeriko, e feta lefeelleng le nyolohang ho tloha Jeriko ho ea fihla sebakeng se lithaba sa Bethele.+ 2 E ne e tloha Bethele ea Luze ’me e fetela moeling oa Baareke Atarothe. 3 Ho tloha moo, e theohela ka bophirimela ho ea moeling oa Bajaflete ho ea fihla moeling oa Bethe-horone+ e ka Tlase le Gezere+ ’me e fella leoatleng.
4 Kahoo, litloholo tsa Josefa+ e leng leloko la Manase le la Efraime li ile tsa fuoa naha ea tsona.+ 5 Moeli oa litloholo tsa Efraime ho ea ka malapa a tsona o ne o le tjena: Moeli oa lefa la bona ka bochabela e ne e le Atarothe-adare,+ ho ea fihla Bethe-horone e ka Holimo+ 6 ’me o fihla leoatleng. Mikmethathe+ e ne e le ka leboea, moeli o potoloha ka bochabela ho ea Tanathe-shilo ’me o feta ka bochabela ho ea Janooa. 7 O ne o theoha ho tloha Janooa ho ea Atarothe le Nara, o fihla Jeriko ’me o tsoela pele ho fihlela Jordane.+ 8 Moeli o ne o tsoela pele ho tloha Tapua+ ho ea ka bophirimela ho Khohlo ea Kana ’me o fella leoatleng.+ Lena ke lefa la leloko la Efraime ho ea ka malapa a lona. 9 Litloholo tsa Efraime li ne li boetse li e-na le metse eohle e beheletsoeng ka thoko le metsana ea eona har’a lefa la Manase.+
10 Empa ha lia ka tsa leleka Bakanana ba neng ba lula Gezere.+ Bakanana ba ntse ba lula har’a Efraime ho fihlela letsatsing lena+ ’me ba etsa mosebetsi o boima.*+
17 Joale lotho+ ea lahloa bakeng sa leloko la Manase+ hobane e ne e le letsibolo la Josefa.+ Kaha letsibolo la Manase e leng Makire,+ ntate oa Gileade e ne e le monna oa ntoa, o ile a fuoa Gileade le Bashane.+ 2 Ha lahloa lotho bakeng sa litloholo tse ling tsohle tsa Manase ho ea ka malapa a tsona, bakeng sa bara ba Abi-ezere,+ bara ba Heleke, bara ba Asriele, bara ba Shikeme, bara ba Hefere le bara ba Shemida. Tsena e ne e le litloholo tsa Manase mora oa Josefa, ba batona ho ea ka malapa a tsona.+ 3 Empa Zelofehade+ mora oa Hefere, mora oa Gileade, mora oa Makire, mora oa Manase, o ne a se na bara a e-na le barali feela ’me ana ke mabitso a barali ba hae: Mahela, Noe, Hogla, Milka le Tirza. 4 Kahoo, ba itlhahisa ka pel’a moprista Eleazare,+ ka pel’a Joshua mora oa Nune le ka pel’a likhosana ba re: “Ke Jehova ea ileng a laela Moshe ho re fa lefa har’a bana ba bo rona.”+ Kahoo, o ile a ba fa lefa har’a bana ba bo-ntate ba bona ka taelo ea Jehova.+
5 Manase a boela a fuoa likarolo tse ling tse leshome tsa naha, ntle le naha ea Gileade le Bashane, tse neng li le ka lehlakoreng le leng* la Jordane+ 6 hobane barali ba Manase ba ile ba fuoa lefa hammoho le bara ba hae ’me naha ea Gileade ea e-ba thepa ea litloholo tse ling tsohle tsa Manase.
7 Moeli oa Manase o ne o tloha Ashere o ea Mikmethathe,+ e shebaneng le Shikeme+ ’me o leba ka boroa* naheng ea baahi ba Ene-Tapua. 8 Naha ea Tapua+ e ne e le ea Manase empa motse oa Tapua o moeling oa Manase e ne e le oa litloholo tsa Efraime. 9 Moeli o ne o theohela Khohlong ea Kana, ka boroa ho khohlo. Ho ne ho e-na le metse ea Efraime har’a metse ea Manase+ ’me moeli oa Manase o ne o le ka leboea ho khohlo ’me o fella leoatleng.+ 10 Karolo e ka boroa e ne e le ea Efraime, e ka leboea e le ea Manase ’me moeli oa hae o ne o fella leoatleng.+ Ka leboea naha ea Manase* e ne e fihla Ashere, ka bochabela e fihla Isakare.
11 Naheng ea Isakare le ea Ashere, Manase o ile a fuoa Bethe-sheane le metse e haufi* le eona, Ibleame+ le metse e haufi le eona, baahi ba Dore+ le metse e haufi le eona, baahi ba Ene-dore+ le metse e haufi le eona, baahi ba Tanake+ le metse e haufi le eona le baahi ba Megido le metse e haufi le eona. Libaka tse tharo tse maralla e ne e le tsa hae.
12 Empa litloholo tsa Manase ha lia ka tsa khona ho leleka baahi ba metse ena. Bakanana ba ile ba e-ba manganga ’me ba hana ho tloha naheng ena.+ 13 Ha Baiseraele ba e-ba matla, ba ile ba fa Bakanana mosebetsi o boima*+ empa ha baa ka ba ba leleka ka ho feletseng.+
14 Litloholo tsa Josefa tsa re ho Joshua: “Ke hobane’ng ha u re file* lefa ka lotho e le ’ngoe+ le karolo e le ’ngoe feela ea naha? Re sechaba se sengata hobane Jehova o re hlohonolofalitse ho fihlela joale.”+ 15 Joshua a ba araba a re: “Haeba le sechaba se sengata, nyolohelang morung ’me le itlosetse lifate naheng ea Bapereze+ le Barefaime+ kaha sebaka se lithaba sa Efraime+ se senyenyane haholo bakeng sa lona.” 16 Joale litloholo tsa Josefa tsa re: “Sebaka se lithaba ha se re lekane ’me Bakanana bohle ba lulang naheng ea khohlo* ba leng Bethe-sheane+ le metseng e haufi* le eona le ba leng Khohlong* ea Jezriele,+ ba na le likariki tsa ntoa+ tse nang le mahare a tšepe.” 17 Kahoo, Joshua a bolella litloholo tsa Josefa e leng leloko la Efraime le la Manase sena: “Le sechaba se sengata ’me le na le matla a maholo. Le ke ke la fumana lotho e le ’ngoe feela+ 18 empa sebaka se lithaba le sona e tla ba sa lona.+ Le hoja e le moru, le tla tlosa lifate tsa oona ’me e tla ba moo naha ea lona e fellang teng. Hobane le tla leleka Bakanana le hoja ba le matla ’me ba e-na le likariki tsa ntoa tse nang le mahare a tšepe.”+
18 Sechaba sohle sa Baiseraele sa phuthehela Shilo+ ’me sa hloma tente ea pokano moo+ kaha joale se ne se hapile naha.+ 2 Empa ho ne ho ntse ho e-na le maloko a supileng a Baiseraele a neng a e-s’o ka a fuoa lefa la ’ona. 3 Kahoo, Joshua a re ho Baiseraele: “Le tla lieha halelele hakae ho ea nka naha eo Jehova Molimo oa baholo-holo ba lona a le fileng eona?+ 4 Mpheng banna ba bararo ho tsoa lelokong ka leng hore ke ba rome. Ba lokela ho tsamaea naheng eohle ’me ba etse ’mapa oa eona ho ea ka lefa la bona. Ka mor’a moo, ba khutlele ho ’na. 5 Ba tla e arola har’a bona ka likarolo tse supileng.+ Juda o tla ’ne a lule sebakeng sa hae se ka boroa+ ’me ntlo ea Josefa e tla ’ne e be sebakeng sa eona se ka leboea.+ 6 Ha e le lona, etsang ’mapa oa naha, le e arole ka likarolo tse supileng ebe le li tlisa ho ’na ’me ke tla lahla lotho+ mona bakeng sa lona ka pel’a Jehova Molimo oa rona. 7 Empa Balevi ba ke ke ba fuoa lefa har’a lona+ hobane lefa la bona ke ho sebeletsa e le baprista ba Jehova+ ’me Gade, Rubene le halofo ea leloko la Manase+ ba se ba nkile lefa la bona ka lehlakoreng le ka bochabela ho Jordane, leo Moshe mohlanka oa Jehova a ba fileng lona.”
8 Banna bao ba neng ba e’o etsa ’mapa oa naha, ba itokisetsa ho tsamaea ’me Joshua a ba laela a re: “E-eang ’me le tsamaee har’a naha eo, le etse ’mapa oa eona ebe le khutlela ho ’na. Joale ke tla lahla lotho mona Shilo+ ka pel’a Jehova bakeng sa lona.” 9 Joale banna bao ba tsamaea har’a naha eo, ba etsa ’mapa o arolang naha ka likarolo tse supileng ho ea ka metse ea eona ’me ba o ngola bukeng. Ka mor’a moo, ba khutlela Shilo ho Joshua. 10 Eaba Joshua o lahla lotho bakeng sa bona Shilo ka pel’a Jehova.+ Joshua a arolela Baiseraele naha moo ka likarolo tsa bona.+
11 Lotho ea leloko la Benjamine ka malapa a bona ea hlaha ’me sebaka sa lotho ea bona se ne se le pakeng tsa batho ba Juda+ le batho ba Josefa.+ 12 Ka lehlakoreng le ka leboea, moeli oa bona o ne o qala Jordane, o nyolohela moepeng oa Jeriko+ ka leboea ’me o nyolohela thabeng ka bophirimela, o fihla lefeelleng la Bethe-avene.+ 13 Moeli o ne o tloha moo o fetela Luze, moepeng o ka boroa oa Luze e leng Bethele.+ O ne o theohela Atarothe-adare+ holim’a thaba e ka leboea ho Bethe-horone e ka Tlase.+ 14 Moeli oa tšoauoa ka lehlakoreng le ka bophirimela ’me oa potoloha ho ea ka boroa ho tloha thabeng e shebileng Bethe-horone ho ea ka boroa. O ne o fella Kiriathe-baale e leng Kiriathe-jearime,+ motse oa Juda. Lena ke lehlakore le ka bophirimela.
15 Lehlakore le ka boroa le ne le le ho tloha qetellong ea Kiriathe-jearime ’me moeli o ne o fihla ka bophirimela o leba selibeng sa metsi sa Neftooa.+ 16 Moeli o ne o theohela qetellong ea thaba e shebileng Khohlo ea Mora oa Hinome+ e leng Khohlong* ea Barefaime+ ho ea ka leboea, o theohela Khohlong ea Hinome, ho ea moepeng oa Bajebuse+ ka boroa hape o theohela Ene-rogele.+ 17 O ile oa tšoauoa ka leboea ho ea fihla Ene-shemeshe ’me oa fetela Gelilothe e leng ka pel’a moepa oa Adumime,+ oa theohela lejoeng+ la Bohane+ mora oa Rubene. 18 O ne o fetela moepeng o ka leboea ka pel’a Araba ’me o theohela Araba. 19 Moeli o ne o fetela moepeng o ka leboea oa Bethe-hogla+ ’me o fella lebopong* le ka leboea la Leoatle la Letsoai*+ qetellong e ka boroa ea Jordane. Ona e ne e le moeli o ka boroa. 20 Jordane e ne e le moeli o ka lehlakoreng le ka bochabela. Lena e ne e le lefa la litloholo tsa Benjamine ho ea ka malapa a bona, ho ea ka meeli e neng e le ka mahlakoreng ’ohle a lefa la bona.
21 Metse ea leloko la Benjamine ho ea ka malapa a bona e ne e le: Jeriko, Bethe-hogla, Emeke-kezize, 22 Bethe-araba,+ Zemaraime, Bethele,+ 23 Avime, Para, Ofra, 24 Kefare-amoni, Ofni, Geba,+ e le metse e 12 le metsana ea eona.
25 Gibeone,+ Rama, Beerothe, 26 Mizpe, Kefira, Moza, 27 Rekeme, Irepiele, Tarala, 28 Zela,+ Ha-elefe, Jebusi e leng Jerusalema,+ Gibea+ le Kiriathe, e le metse e 14 le metsana ea eona.
Lena e ne e le lefa la litloholo tsa Benjamine ho ea ka malapa a tsona.
19 Lotho ea bobeli+ ea tsoa bakeng sa Simeone,+ bakeng sa leloko la Simeone ka malapa a lona. Lefa la lona le ne le le har’a lefa la Juda.+ 2 Lefa la lona e ne e le Beersheba+ hammoho le Sheba, Molada,+ 3 Hazare-shuale,+ Bala, Ezeme,+ 4 Eltolade,+ Bethule, Horma, 5 Ziklage,+ Bethe-markabothe, Hazare-susa, 6 Bethe-lebaothe+ le Sharuhene e le metse e 13 le metsana ea eona. 7 Aine, Rimone, Ethere le Ashane+ e le metse e mene le metsana ea eona 8 le metsana eohle e neng e pota-potile metse ena ho ea fihla Baalathe-beere, eo hape e bitsoang Rama e ka boroa. Lena e ne e le lefa la leloko la Simeone ho ea ka malapa a lona. 9 Lefa la litloholo tsa Simeone le ne le tsoa karolong ea naha e neng e fuoe Juda hobane karolo ea Juda e ne e le kholo haholo bakeng sa tsona. Kahoo, litloholo tsa Simeone tsa fumana sebaka har’a lefa la tsona.+
10 Ka mor’a moo, lotho ea boraro+ ea hlaha bakeng sa litloholo tsa Zabulone+ ho ea ka malapa a tsona ’me moeli oa lefa la tsona o ne o fihla Saride. 11 Moeli oa tsona o ne o nyolohela ka bophirimela ho ea Mareala ’me o fihla Dabeshethe o ea khohlong* e ka pel’a Jokneame. 12 O ne o tloha Saride ka bochabela, o ea moeling oa Kislothe-tabore ’me o fihla Dabrathe+ ebe o nyolohela Jafia. 13 Ho tloha moo o ne o fetela ka bochabela ho ea Gathe-hefere,+ o ea Ethe-kazine ’me o fetela Rimone ho ea fihla Nea. 14 Moeli o ne o e potoloha ka leboea ho ea Hanathone ’me o fella Khohlong ea Ifta-ele 15 le Katathe, Nahalale, Shimrone,+ Idala le Bethlehema+ e le metse e 12 le metsana ea eona. 16 Lena e ne e le lefa la litloholo tsa Zabulone ho ea ka malapa a tsona.+ Ena e ne e le metse le metsana ea eona.
17 Lotho ea bone+ ea tsoa bakeng sa Isakare,+ bakeng sa litloholo tsa Isakare ho ea ka malapa a tsona. 18 Moeli oa bona e ne e le Jezriele,+ Kesulothe, Shuneme,+ 19 Hafaraime, Shione, Anaharathe, 20 Rabithe, Kishione, Ebeze, 21 Remethe, Ene-ganime,+ Ene-hada le Bethe-pazeze. 22 Moeli o ne o fihla Tabore+ le Shahazuma le Bethe-shemeshe ’me o ne o fella Jordane e le metse e 16 le metsana ea eona. 23 Lena e ne e le lefa la leloko la Isakare ho ea ka malapa a lona,+ metse le metsana ea eona.
24 Lotho ea bohlano+ ea tsoa bakeng sa leloko la Ashere+ ho ea ka malapa a lona. 25 Moeli oa lona e ne e le Helkathe,+ Hali, Betene, Akshafe, 26 Alameleke, Amade le Mishale. O ne o fihla ka bophirimela ho ea Karmele+ le ho ea Shihore-libnathe 27 ’me o ne o khutlela morao ka bochabela ho ea Bethe-dagone, o fihla Zabulone le Khohlong ea Ifta-ele ho ea ka leboea, o ea Bethe-emeke le Nejele hape o ne o fihla Kabule ka ho le letšehali 28 le ho ea Ebrone, Rehobe, Hamone le Kana ho ea fihla Sidone e Kholo.+ 29 Moeli o ne o khutlela Rama ho ea fihla motseng oa Tyre+ o sirelelitsoeng ka marako. Ho tloha moo, o ne o khutlela Hosa ’me o fella leoatleng sebakeng sa Akzibe, 30 Uma, Afeke+ le Rehobe+ e le metse e 22 le metsana ea eona. 31 Lena e ne e le lefa la leloko la Ashere ho ea ka malapa a lona.+ Ena e ne e le metse le metsana ea eona.
32 Lotho ea botšelela+ ea tsoa bakeng sa litloholo tsa Nefthali ho ea ka malapa a tsona. 33 Moeli oa tsona o ne o tloha Helefe, ho tloha sefateng se seholo se Zananime,+ Adami-nekebe le Jabniele ho ea fihla Lakume ’me o fella Jordane. 34 Moeli o ne o khutlela morao ka bophirimela ho ea Aznothe-tabore, o tloha moo o ea Hukoke o bile o fihla Zabulone ka boroa, o ea Ashere ka bophirimela o leba Juda ’me o fihla Jordane ka bochabela. 35 Metse e sirelelitsoeng ka marako e ne e le Zidime, Zere, Hamathe,+ Rakathe, Kinerethe, 36 Adama, Rama, Hazore,+ 37 Kedeshe,+ Edrei, Ene-hazore, 38 Yirone, Migdale-ele, Horeme, Bethe-anathe le Bethe-shemeshe+ e le metse e 19 le metsana ea eona. 39 Lena e ne e le lefa la leloko la Nefthali ho ea ka malapa a lona,+ metse le metsana ea eona.
40 Lotho ea bosupa+ ea tsoa bakeng sa leloko la Dane+ ho ea ka malapa a lona. 41 Moeli oa lefa la bona e ne e le Zora,+ Eshtaole, Ire-shemeshe, 42 Shalabine,+ Ajalone,+ Ithela, 43 Elone, Timna,+ Ekrone,+ 44 Elteke, Gibethone,+ Baalathe, 45 Jehude, Bene-berake, Gathe-rimone,+ 46 Me-jarkone le Rakone hammoho le moeli o shebaneng le Jopa.+ 47 Empa sebaka sa Dane se ne se le senyenyane haholo bakeng sa leloko leo.+ Kahoo la nyoloha, la loantša Lesheme+ ’me la e hapa le ho e hlasela ka sabole. La e hapa ’me la lula ho eona eaba le fetola lebitso la Lesheme hore e be Dane, la e rehella ka lebitso la moholo-holo oa lona Dane.+ 48 Lena e ne e le lefa la leloko la Dane ho ea ka malapa a lona. Ena e ne e le metse le metsana ea lona.
49 Kahoo, ba qeta ho arola naha ho ea ka libaka tsa eona hore e be lefa. Joale Baiseraele ba fa Joshua mora oa Nune lefa har’a bona. 50 Ka taelo ea Jehova, ba mo fa motse oo a ileng a o kopa e leng Timnathe-sera,+ sebakeng se lithaba sa Efraime ’me a haha motse le ho lula ho oona.
51 Ana ke mafa ao moprista Eleazare, Joshua mora oa Nune le lihlooho tsa malapa a bo-ntate ba maloko a Iseraele, ba ileng ba a aba+ ka lotho ba le Shilo+ ka pel’a Jehova monyako oa tente ea pokano.+ Ba qeta ho arola naha.
20 Jehova a re ho Joshua: 2 “Bua le Baiseraele o re, ‘Ikhetheleng metse ea setšabelo+ eo ke buileng le lona ka eona ka Moshe 3 e le hore ’molai ea bolaeang motho ka phoso kapa e se ka morero a ka balehela moo. E tla ba setšabelo bakeng sa lona ha le baleha motho ea amanang le motho ea bolailoeng.*+ 4 ’Molai o tla balehela ho o mong oa metse ena+ ’me a eme keiting ea motse+ ebe o ipolela ho baholo ba motse. Ba tla mo amohela motseng, ba mo fe sebaka ’me a lule le bona. 5 Haeba motho ea amanang le motho ea bolailoeng a mo lelekisa, ba se ke ba nehelana ka ’molai letsohong la hae hobane ’molai eo o bolaile oa habo ka phoso ’me o ne a sa mo hloea pele ho moo.+ 6 A lule motseng oo ho fihlela nyeoe ea hae e hlahlojoa ka pel’a phutheho+ ’me a lule moo ho fihlela moprista ea phahameng ea sebeletsang ka nako eo a shoa.+ Ka mor’a moo, ’molai a ka khutlela motseng oo a neng a balehile ho oona ’me a ka kena motseng oa habo le ka tlung ea hae.’”+
7 Kahoo, ba fa Kedeshe+ e Galilea boemo bo halalelang sebakeng se lithaba sa Nefthali, Shikeme+ e sebakeng se lithaba sa Efraime le Kiriathe-arba+ e leng Hebrone, e sebakeng se lithaba sa Juda. 8 Sebakeng sa Jordane ka bochabela ho Jeriko, ba khetha Bezere+ lefeelleng le sebakeng se phahameng* ho tsoa lelokong la Rubene, ho tsoa lelokong la Gade ba khetha Ramothe+ e Gileade ’me ho tsoa lelokong la Manase+ ba khetha Golane+ e Bashane.
9 Ena e ne e le metse e khethiloeng bakeng sa Baiseraele bohle le balichaba ba lulang har’a bona, e le hore motho ea bolaeang e mong e se ka morero a balehele teng+ ’me a se ke a bolaoa ke motho ea amanang le motho ea bolailoeng pele nyeoe ea hae e hlahlojoa ka pel’a phutheho.+
21 Joale lihlooho tsa Balevi tsa matlo a bo-ntate ba tsona tsa atamela moprista Eleazare,+ Joshua mora oa Nune le lihlooho tsa maloko a Iseraele tsa matlo a bo-ntate ba tsona, 2 tsa bua le bona Shilo+ naheng ea Kanana tsa re: “Jehova o ile a fana ka taelo a sebelisa Moshe hore re fuoe metse eo re tla lula ho eona hammoho le makhulo a eona bakeng sa liphoofolo tsa rona.”+ 3 Kahoo, Baiseraele ba mamela taelo ea Jehova ’me ba fa Balevi metse ena+ le makhulo a eona ho tsoa lefeng la bona.+
4 Lotho ea tsoa bakeng sa malapa a Bakohathe+ ’me Balevi bao e neng e le litloholo tsa moprista Arone ba fuoa metse e 13 ka lotho* ho tsoa lelokong la Juda,+ lelokong la Simeone+ le lelokong la Benjamine.+
5 Bakohathe ba bang bohle ba ile ba abeloa* metse e leshome ho tsoa malapeng a leloko la Efraime,+ lelokong la Dane le halofong ea leloko la Manase.+
6 Bagershone+ ba ile ba abeloa metse e 13 ho tsoa malapeng a leloko la Isakare, lelokong la Ashere, lelokong la Nefthali le halofong ea leloko la Manase naheng ea Bashane.+
7 Bakeng sa Bamerari+ ho ea ka malapa a bona, ho ne ho e-na le metse e 12 ho tsoa lelokong la Rubene, lelokong la Gade le lelokong la Zabulone.+
8 Baiseraele ba fa Balevi metse ena hammoho le makhulo a eona ka lotho feela joalokaha Jehova a ne a laetse a sebelisa Moshe.+
9 Ho tsoa lelokong la Juda le lelokong la Simeone, ba fana ka metse ena e boletsoeng ka mabitso+ 10 ’me ea fuoa bara ba Arone ho tsoa malapeng a Bakohathe a Balevi hobane ba fumane lotho ea pele. 11 Ba ba fa Kiriathe-arba+ (Arba e ne e le ntate oa Anake) e leng Hebrone,+ sebakeng se lithaba sa Juda le makhulo a eona a e pota-potileng. 12 Empa ba fa Kalebe mora oa Jefune masimo a motse le metsana ea oona e le lefa.+
13 Ba fa bara ba moprista Arone motse oa setšabelo bakeng sa ’molai+ e leng Hebrone+ le makhulo a eona, Libna+ le makhulo a eona, 14 Jatire+ le makhulo a eona, Eshtemooa+ le makhulo a eona, 15 Holone+ le makhulo a eona, Debire+ le makhulo a eona, 16 Aine+ le makhulo a eona, Juta+ le makhulo a eona le Bethe-shemeshe le makhulo a eona. E ne e le metse e robong ho tsoa malokong ana a mabeli.
17 Ho tsoa lelokong la Benjamine: Gibeone+ le makhulo a eona, Geba le makhulo a eona,+ 18 Anathothe+ le makhulo a eona le Almone le makhulo a eona. E ne e le metse e mene.
19 Metse eohle e fuoeng litloholo tsa Arone e leng baprista, e ne e le metse e 13 le makhulo a eona.+
20 Malapa a mang ’ohle a Bakohathe har’a Balevi a ile a fuoa metse ho tsoa lelokong la Efraime ka lotho. 21 Ba ba fa motse oa setšabelo bakeng sa ’molai+ e leng Shikeme+ hammoho le makhulo a eona lithabeng tsa Efraime, Gezere+ hammoho le makhulo a eona, 22 Kibzaime hammoho le makhulo a eona, Bethe-horone+ hammoho le makhulo a eona. E ne e le metse e mene.
23 Ho tsoa lelokong la Dane: Elteke hammoho le makhulo a eona, Gibethone hammoho le makhulo a eona, 24 Ajalone+ hammoho le makhulo a eona, Gathe-rimone hammoho le makhulo a eona. E ne e le metse e mene.
25 Ho tsoa halofong ea leloko la Manase: Tanake+ hammoho le makhulo a eona, Gathe-rimone hammoho le makhulo a eona. E ne e le metse e ’meli.
26 Metse eohle hammoho le makhulo a eona eo malapa a mang ’ohle a Bakohathe a e fuoeng e ne e le leshome.
27 Ho tsoa halofong ea leloko la Manase, Bagershone+ ba malapa a Balevi ba ile ba fuoa motse oa setšabelo bakeng sa ’molai e leng Golane+ e Bashane hammoho le makhulo a eona le Beeshtera hammoho le makhulo a eona. E ne e le metse e ’meli.
28 Ho tsoa lelokong la Isakare:+ Kishione hammoho le makhulo a eona, Dabrathe+ hammoho le makhulo a eona, 29 Jarmuthe hammoho le makhulo a eona le Ene-ganime hammoho le makhulo a eona. E ne e le metse e mene.
30 Ho tsoa lelokong la Ashere:+ Mishale hammoho le makhulo a eona, Abdone hammoho le makhulo a eona, 31 Helkathe+ hammoho le makhulo a eona le Rehobe+ hammoho le makhulo a eona. E ne e le metse e mene.
32 Ho tsoa lelokong la Nefthali: Motse oa setšabelo+ bakeng sa ’molai e leng Kedeshe+ e Galilea hammoho le makhulo a eona, Hamothe-dore hammoho le makhulo a eona le Kartane hammoho le makhulo a eona. E ne e le metse e meraro.
33 Metse eohle ea Bagershone ka malapa a bona e ne e le metse e 13 hammoho le makhulo a eona.
34 Ho tsoa lelokong la Zabulone,+ malapa a Bamerari+ e leng Balevi ba bang bohle, ba ile ba fumana Jokneame+ hammoho le makhulo a eona, Karta hammoho le makhulo a eona, 35 Dimna hammoho le makhulo a eona le Nahalale+ hammoho le makhulo a eona. E ne e le metse e mene.
36 Ho tsoa lelokong la Rubene: Bezere+ hammoho le makhulo a eona, Jahaze hammoho le makhulo a eona,+ 37 Kedemothe hammoho le makhulo a eona le Mefathe hammoho le makhulo a eona. E ne e le metse e mene.
38 Ho tsoa lelokong la Gade:+ Motse oa setšabelo bakeng sa ’molai e leng Ramothe e Gileade+ hammoho le makhulo a eona, Mahanaime+ hammoho le makhulo a eona, 39 Heshbone+ hammoho le makhulo a eona le Jazere+ hammoho le makhulo a eona. Kaofela ha eona e le metse e mene.
40 Metse eohle e ileng ea abeloa Bamerari ka malapa a bona, e leng malapa a mang ’ohle a Balevi, e ne e le metse e 12.
41 Metse eohle ea Balevi e har’a eo Baiseraele ba nang le eona, e ne e le metse e 48 hammoho le makhulo a eona.+ 42 Motse o mong le o mong o ne o e-na le makhulo a oona ho o pota-pota. Metse ena kaofela e ne e le joalo.
43 Jehova a fa Baiseraele naha eohle eo a neng a hlapantse hore o tla e fa baholo-holo ba bona.+ Ba e hapa ’me ba lula ho eona.+ 44 Ho feta moo, Jehova o ile a etsa hore ba lule ba sireletsehile ka mahlakoreng ’ohle feela joalokaha a ne a hlapanyelitse baholo-holo ba bona+ ’me ha ho sera le se seng sa bona se neng se ka ba hlola.+ Jehova o ile a nehelana ka lira tsohle tsa bona matsohong a bona.+ 45 Ha ho tšepiso* e ileng ea hloleha ho phethahala litšepisong tsohle tse molemo tseo Jehova a neng a li entse ho ntlo ea Iseraele. Li ile tsa phethahala kaofela.+
22 Eaba Joshua o bitsa Barubene, Bagade le halofo ea leloko la Manase 2 ’me a re ho bona: “Le entse sohle seo Moshe mohlanka oa Jehova a le laetseng sona+ ’me le ile la ’mamela linthong tsohle tseo ke le laetseng tsona.+ 3 Ha lea tlohela bana ba bo lona nakong ena eohle ho fihlela letsatsing lena+ ’me le bolokile taelo ea Jehova Molimo oa lona.+ 4 Joale, Jehova Molimo oa lona o entse hore bana ba bo lona ba lule ba sireletsehile feela joalokaha a ile a ba tšepisa.+ Kahoo, le ka khutlela litenteng tsa lona naheng eo Moshe mohlanka oa Jehova a ileng a le fa eona ka lehlakoreng le leng* la Jordane.+ 5 Le mpe le etse bonnete ba hore le phetha taelo le Molao oo Moshe mohlanka oa Jehova a le fileng oona,+ ka ho rata Jehova Molimo oa lona,+ ka ho tsamaea litseleng tsohle tsa hae,+ ka ho boloka litaelo tsa hae,+ ka ho mo khomarela+ le ka ho mo sebeletsa+ ka lipelo tsa lona tsohle le ka moea oa lona oohle.”+
6 Joshua a ba hlohonolofatsa ’me a re ba tsamaee. Eaba ba ea litenteng tsa bona. 7 Moshe o ne a file halofo ea leloko la Manase lefa Bashane+ eaba Joshua o fa halofo e ’ngoe ea leloko leo hammoho le bana ba bo bona naha ka lehlakoreng le ka bophirimela la Jordane.+ Ho feta moo, ha Joshua a re ba ee litenteng tsa bona, a ba hlohonolofatsa 8 ’me a re ho bona: “Khutlelang litenteng tsa lona ka maruo a mangata, ka liphoofolo tse ngata hammoho le silevera le khauta, koporo le tšepe le liaparo tse ngata haholo.+ Nkang karolo ea lona ea thepa+ eo le e hapileng ho lira tsa lona le e arolele le bana ba bo lona.”
9 Ka mor’a moo, Barubene, Bagade le halofo ea leloko la Manase ba tloha ho Baiseraele ba bang, ho tloha Shilo e naheng ea Kanana ’me ba khutlela naheng ea Gileade,+ naheng ea bona moo Jehova a ileng a ba laela a sebelisa Moshe+ hore ba lule teng. 10 Ha ba fihla libakeng tsa Jordane tse naheng ea Kanana, Barubene, Bagade le halofo ea leloko la Manase, ba haha aletare moo haufi le Jordane, aletare e kholo, e ntle. 11 Hamorao, Baiseraele ba bang ba utloa+ ho thoe: “Barubene, Bagade le halofo ea leloko la Manase ba hahile aletare moeling oa naha ea Kanana, libakeng tsa Jordane ka lehlakoreng le ka bophirimela la Baiseraele.” 12 Ha Baiseraele ba utloa taba ena, sechaba sohle sa Baiseraele sa phuthehela Shilo+ ho ea ba loantša.
13 Baiseraele ba romela Finease+ mora oa moprista Eleazare ho Barubene, Bagade le ho halofo ea leloko la Manase naheng ea Gileade. 14 Likhosana tse leshome li ne li e-na le eena, khosana e le ’ngoe ea ntlo ka ’ngoe ea lelapa la habo ntate oa maloko ’ohle a Iseraele ’me e ’ngoe le e ’ngoe e le hlooho ea ntlo ea bo-ntate ba bona ho ba likete* ba Iseraele.+ 15 Ha ba fihla ho Barubene, Bagade le ho halofo ea leloko la Manase naheng ea Gileade ba re ho bona:
16 “Molaetsa o tsoang ho sechaba sohle sa Jehova ke ona, ‘Ke hobane’ng ha le entse ntho ee ’me le sa tšepahalla+ Molimo oa Iseraele? Kajeno le tlohetse Jehova ka ho ikahela aletare ’me le fetohetse Jehova.+ 17 Na phoso ea Peore e ne e sa lekana? Le hoja sechaba sa Jehova+ se ile sa fuoa kotlo, le kajeno re ntse re kotula litholoana tsa phoso eo. 18 Na joale ha le sa batla ho mamela Jehova? Haeba le fetohela Jehova kajeno, hosane o tla halefela sechaba sohle sa Iseraele.+ 19 Haeba lebaka ke hobane naha ea lona ha ea hloeka, le tšelele naheng ea Jehova+ moo tabernakele ea Jehova e lulang teng+ ’me le lule har’a rona empa le se ke la fetohela Jehova ’me le se ke la etsa eka re marabele ka hore le ikahele aletare empa aletare ea Jehova Molimo oa rona e ntse e le teng.+ 20 Na Molimo ha aa ka a halefela sechaba sohle sa Iseraele,+ ha Akane+ mora oa Zera a sa tšepahale malebana le ntho e neng e lokela ho felisoa? Ha se eena feela motho ea ileng a shoa ka lebaka la phoso ea hae.’”+
21 Barubene, Bagade le halofo ea leloko la Manase ba araba lihlooho tsa likete* tsa Iseraele+ ba re: 22 “Molimo oa melimo, Jehova, Molimo oa melimo, Jehova+ oa tseba ’me Baiseraele le bona ba tla tseba. Haeba re fetohetse Jehova ebile re sa mo tšepahalla, e se eka Molimo a ke ke a re pholosa letsatsing lena. 23 Haeba re ikahetse aletare hore re tlohele Jehova le ho etsa linyehelo tsa secheso, linyehelo tsa lijo* le mahlabelo a kopanetsoeng ho eona, Jehova o tla fana ka kotlo e loketseng.+ 24 Ho e-na le hoo, re entse sena hobane re ne re tšoenyehile ka taba e ’ngoe. Re ile ra nahana ra re, ‘Nakong e tlang, bara ba lona ba tla re ho bara ba rona: “Le na le tokelo efe ea ho rapela Jehova Molimo oa Iseraele le rona? 25 Jehova o behile Jordane e le moeli pakeng tsa rona le lona, Barubene le Bagade. Ha ho na letho le le kopanyang le Jehova.” Bara ba lona ba tla thibela bara ba rona ho rapela* Jehova.’
26 Kahoo re ile ra re, ‘A re etseng bonnete ba hore re haha aletare eseng bakeng sa linyehelo tsa secheso kapa bakeng sa mahlabelo 27 empa hore e be bopaki pakeng tsa rona le lona+ le litloholo* tsa rona hore re tla etsa tšebeletso ea Jehova ka pel’a hae ka linyehelo tsa rona tsa secheso le mahlabelo a rona le mahlabelo a rona a kopanetsoeng+ e le hore nakong e tlang bara ba lona ba tle ba se ke ba re ho bara ba rona: “Ha ho na letho le le kopanyang le Jehova.”’ 28 Kahoo ra re, ‘Haeba ba ka bolella rona le litloholo* tsa rona seo nakong e tlang, re tla re: “Bonang aletare e tšoanang le ea Jehova eo baholo-holo ba rona ba e entseng, eseng bakeng sa linyehelo tsa secheso kapa bakeng sa mahlabelo empa hore e be bopaki pakeng tsa rona le lona.”’ 29 Le ka mohla re ke ke ra fetohela Jehova kapa ra tlohela Jehova+ ka ho haha aletare bakeng sa linyehelo tsa secheso, linyehelo tsa lijo* le mahlabelo ho ntse ho e-na le aletare ea Jehova Molimo oa rona e ka pel’a tabernakele ea hae.”+
30 Ha moprista Finease, likhosana tsa sechaba le lihlooho tsa likete* tsa Iseraele tse neng li e-na le eena ba utloa mantsoe a builoeng ke litloholo tsa Rubene, tsa Gade le tsa Manase, ba khotsofala.+ 31 Kahoo, Finease mora oa moprista Eleazare a re ho litloholo tsa Rubene, tsa Gade le tsa Manase: “Kajeno rea tseba hore Jehova o har’a rona hobane ha lea fetohela Jehova. Le pholositse Baiseraele letsohong la Jehova.”
32 Ka mor’a moo, Finease mora oa moprista Eleazare a khutla le likhosana ho tsoa ho Barubene le Bagade naheng ea Gileade, ba ea naheng ea Kanana ’me ba fihla ba phetela Baiseraele ba bang litaba. 33 Baiseraele ba ile ba khotsofala ha ba utloa tlaleho eo. Eaba ba rorisa Molimo ’me ha baa ka ba hlola ba bua letho ka ho ea loantša Barubene le Bagade, ho ea felisa naha eo ba neng ba lula ho eona.
34 Kahoo, Barubene le Bagade ba reha aletare* lebitso hobane ba ile ba re, “Ke bopaki pakeng tsa rona hore Jehova ke Molimo oa ’nete.”
23 Lilemo tse ngata* ka mor’a hore Jehova a fe Baiseraele phomolo+ ho lira tsohle tsa bona tse ba potolohileng, ha Joshua a se a tsofetse le lilemo tsa hae li se li ile,+ 2 Joshua a bitsa Baiseraele bohle,+ baholo ba bona, lihlooho tsa bona, baahloli ba bona le balaoli ba bona+ ’me a re ho bona: “Ke se ke tsofetse le lilemo tsa ka li se li ile. 3 Le bone lintho tsohle tseo Jehova Molimo oa lona a li entseng ho lichaba tsena tsohle molemong oa lona hobane Jehova Molimo oa lona ke eena ea neng a le loanela.+ 4 Ke le abetse ka lotho+ naha ea lichaba tsena tse setseng e le lefa bakeng sa maloko a lona+ hammoho le naha ea lichaba tsohle tseo ke li felisitseng,+ ho tloha Jordane ho ea Leoatleng le Leholo* ka bophirimela. 5 Jehova Molimo oa lona ke eena ea neng a li sutumeletsa hole le lona,+ a bile a li leleka bakeng sa lona eaba le nka naha ea tsona feela joalokaha Jehova Molimo oa lona a le tšepisitse.+
6 Joale le be sebete haholo ’me le boloke le ho etsa lintho tsohle tse ngotsoeng bukeng ea Molao+ oa Moshe ka hore le ka mohla le se ke la o kheloha ho ea ka ho le letona kapa ka ho le letšehali+ 7 ’me le se ke la itsoakanya le lichaba tsena+ tse setseng le lona. Le se ke la bua le ka mabitso a melimo ea tsona+ kapa la hlapanya ka eona hape le ka mohla le se ke la e sebeletsa kapa la e inamela.+ 8 Empa le khomarele Jehova Molimo oa lona+ feela joalokaha le entse ho fihlela letsatsing lena. 9 Jehova o tla leleka lichaba tse kholo le tse matla ka pel’a lona+ hobane ha ho na motho ea kileng a le hlola ho fihlela letsatsing lena.+ 10 Motho a le mong feela ho lona o tla lelekisa ba sekete+ hobane Jehova Molimo oa lona oa le loanela+ feela joalokaha a le tšepisitse.+ 11 Kahoo, le lule le lebetse+ ka hore le rate Jehova Molimo oa lona.+
12 Empa haeba le ka furalla Molimo la khomarela lichaba tsena tse setseng+ le lona la ba la nyallana+ le tsona le ho itsoakanya le tsona, 13 le tsebe hore Jehova Molimo oa lona a ke ke a tsoela pele ho leleka lichaba tsena bakeng sa lona.+ Lichaba tsena e tla ba sefi le leraba le sephali se le otlang ka mahlakoreng+ ’me e be meutloa ka mahlong a lona ho fihlela le felisitsoe naheng ena e ntle eo Jehova Molimo oa lona a le fileng eona.
14 Ke makhatheng a lefu ’me le tseba hantle ka lipelo tsa lona tsohle le ka moea oa lona oohle hore ha ho na lentsoe leha le le leng le hlolehileng ho phethahala litšepisong tsohle tse molemo tseo Jehova Molimo oa lona a le boleletseng tsona. A phethahetse kaofela bakeng sa lona. Ha ho lentsoe leha le le leng la tsona le hlolehileng ho phethahala.+ 15 Empa feela joalokaha litšepiso tsohle tse molemo tseo Jehova Molimo oa lona a le boleletseng tsona li phethahetse,+ Jehova o tla le tlisetsa tlokotsi eohle eo a e tšepisitseng* ’me a le felise naheng ena e ntle eo Jehova Molimo oa lona a le fileng eona.+ 16 Haeba le tlola selekane sa Jehova Molimo oa lona seo a le laetseng hore le se boloke ’me haeba le sebeletsa melimo e meng le ho e inamela, joale Jehova o tla le halefela haholo+ ’me le tla felisoa ka potlako naheng e ntle eo a le fileng eona.”+
24 Joshua a bokella maloko ’ohle a Iseraele Shikeme ’me a bitsa baholo ba Iseraele, lihlooho tsa ’ona, baahloli ba ’ona le balaoli ba ’ona+ ’me ba ema ka pel’a Molimo oa ’nete. 2 Joshua a re ho sechaba sohle: “Jehova Molimo oa Iseraele o re, ‘Mehleng ea khale+ baholo-holo ba lona,+ ho akarelletsa le Tera ntate oa Abrahama le Nakore, ba ne ba lula ka lehlakoreng le leng la Noka* ’me ba sebeletsa melimo e meng.+
3 Ka mor’a nako ka tlosa moholo-holo oa lona Abrahama+ ka lehlakoreng le leng la Noka* ’me ka mo tsamaisa naheng eohle ea Kanana eaba ke etsa hore litloholo* tsa hae li be ngata.+ Ka mo fa Isaka+ 4 eaba Isaka ke mo fa Jakobo le Esau.+ Hamorao Esau ka mo fa Thaba ea Seire.+ Jakobo le bara ba hae ba theohela Egepeta.+ 5 Hamorao ka romela Moshe le Arone+ ’me ka otla Egepeta ka seo ke ileng ka se etsa har’a bona+ eaba kea le ntša. 6 Ha ke ntša bo-ntate ba lona Egepeta+ ’me ba fihla leoatleng, Baegepeta ba ile ba lelekisa bo-ntate ba lona ka likariki tsa ntoa le banna ba palameng lipere ho ea fihla Leoatleng le Lefubelu.+ 7 Ba hoeletsa ho Jehova.+ Kahoo, ka beha lefifi pakeng tsa bona le Baegepeta ’me ka tlisa leoatle holim’a bona ’me la ba koahela+ eaba mahlo a lona a bona seo ke se entseng Egepeta.+ Le ile la lula lefeelleng ka lilemo tse ngata.*+
8 Ka le tlisa naheng ea Baamore ba neng ba lula ka lehlakoreng le leng* la Jordane eaba baa le loantša.+ Empa ka nehelana ka bona matsohong a lona e le hore le nke naha ea bona eaba ke ba felisa ka pel’a lona.+ 9 Joale Balake mora oa Zipore, morena oa Moabe, a ema ’me a loantša Baiseraele. Kahoo, a bitsa Balame mora oa Beore hore a le bitsetse bomalimabe.+ 10 Empa ha kea ka ka mamela Balame.+ Kahoo, a le hlohonolofatsa ka ho pheta-pheta+ ’me ka le pholosa ho eena.+
11 La tšela Jordane,+ la fihla Jeriko.+ Baeta-pele* ba Jeriko, Baamore, Bapereze, Bakanana, Bahethe, Bagirgashe, Baheve le Bajebuse ba le loantša empa ka nehelana ka bona matsohong a lona.+ 12 Ka etsa hore ba nyahame* eaba marena a mabeli a Baamore aa le baleha.+ E ne e se ka lebaka la lisabole tsa lona le liqha tsa lona.+ 13 Ke le file naha eo le neng le sa ka la e sebeletsa le metse eo le neng le sa ka la e haha+ eaba le lula ho eona. Le ja lirapa tsa morara le lifate tsa mohloaare tseo le sa kang la li lema.’+
14 Kahoo, tšabang Jehova le mo sebeletse ka botšepehi* le ka ’nete+ ’me le tlose melimo eo baholo-holo ba lona ba neng ba e sebeletsa Egepeta le ka lehlakoreng le leng la Noka*+ ’me le sebeletse Jehova. 15 Haeba le bona e le ntho e mpe ho sebeletsa Jehova, le ikhethele kajeno eo le tla mo sebeletsa+ ebang ke melimo eo baholo-holo ba lona ba neng ba e sebeletsa ka lehlakoreng le leng la Noka*+ kapa melimo ea Baamore bao le lulang naheng ea bona.+ Empa ha e le ’na le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Jehova.”
16 Sechaba sa araba sa re: “Le ka mohla re ke ke ra tlohela Jehova ’me ra sebeletsa melimo e meng. 17 Ke Jehova Molimo oa rona ea ntšitseng rona le bo-ntate ba rona naheng ea Egepeta+ ntlong ea bokhoba+ le ea entseng lipontšo tsena tse kholo ka pel’a mahlo a rona+ le ea ileng a re lebela tseleng eohle eo re tsamaileng ka eona le har’a lichaba tsohle tseo re fetileng har’a tsona.+ 18 Jehova o ile a leleka lichaba tsohle ho akarelletsa le Baamore ba neng ba lula naheng ena. Kahoo, le rona re tla sebeletsa Jehova hobane ke Molimo oa rona.”
19 Joale Joshua a re ho sechaba: “Ha le khone ho sebeletsa Jehova hobane ke Molimo ea halalelang.+ Ke Molimo ea batlang hore batho ba inehele ho eena feela.+ A ke ke a tšoarela liphoso* tsa lona le libe tsa lona.+ 20 Le hoja Molimo a ile a le etsetsa lintho tse molemo, haeba le tlohela Jehova ’me le sebeletsa melimo ea balichaba le eena o tla le fetohela ’me a le felise.”+
21 Empa sechaba sa re ho Joshua: “Che, re tla sebeletsa Jehova.”+ 22 Kahoo, Joshua a re ho sechaba: “Lona ka bolona le lipaki tsa hore le ikhethetse ho sebeletsa Jehova ka ho rata.”+ Eaba ba re: “Re lipaki.”
23 “Kahoo, tlosang melimo ea balichaba e har’a lona ’me le sebeletse Jehova Molimo oa Iseraele ka lipelo tsohle tsa lona.” 24 Sechaba sa re ho Joshua: “Re tla sebeletsa Jehova Molimo oa rona ’me re tla mo mamela.”
25 Joshua a etsa selekane le sechaba letsatsing leo ’me a se behela molao Shikeme. 26 Joshua a ngola mantsoe ana bukeng ea Molao oa Molimo+ ’me a nka lejoe le leholo+ eaba o le emisa moo tlas’a sefate se seholo se haufi le sehalalelo sa Jehova.
27 Joshua a boela a re ho sechaba sohle: “Lejoe lena e tla ba bopaki ho rona+ hobane le utloile lintho tsohle tseo Jehova a li buileng ho rona ’me e tla ba bopaki khahlanong le lona e le hore le se ke la latola Molimo oa lona.” 28 Eaba Joshua o re sechaba se tsamaee, e mong le e mong a ee naheng ea hae.+
29 Ka mor’a lintho tsena, Joshua mora oa Nune, mohlanka oa Jehova, a shoa a le lilemo li 110.+ 30 Ba mo pata naheng eo e leng lefa la hae Timnathe-sera,+ e sebakeng se lithaba sa Efraime, ka leboea ho Thaba ea Gashe. 31 Baiseraele ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka matsatsi ’ohle a Joshua le ka matsatsi ’ohle a baholo ba ileng ba phela nako e telele ho feta Joshua le ba ileng ba bona lintho tsohle tseo Jehova a ileng a li etsetsa Baiseraele.+
32 Masapo a Josefa+ ao Baiseraele ba neng ba a tlisitse ho tsoa Egepeta, a ile a patoa Shikeme karolong ea tšimo eo Jakobo a neng a e fumane ho bara ba Hamore,+ ntate oa Shikeme, ka likotoana tse 100 tsa chelete+ ’me ea e-ba lefa la bara ba Josefa.+
33 Hape, Eleazare mora oa Arone a shoa.+ Ba mo pata Leralleng la Finease mora oa hae,+ leo a neng a le filoe sebakeng se lithaba sa Efraime.
Kapa: “Jehoshua,” e bolelang “Jehova ke Poloko.”
Ka Seheberu: “seo maoto a lona a hatang ho sona.”
E leng Leoatle la Mediterranean.
Kapa: “u nahanisise ka eona.”
E leng le ka bochabela.
Kapa: “hlahloba.”
Mofuta oa semela o neng o lengoa mehleng ea khale ’me ho etsoa masela a line ka sona.
E leng le ka bochabela.
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “pontšo eo nka e tšepang.”
Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”
Ka Seheberu: “litsoe tse ka bang 2 000.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “Ikhalaletseng.”
Ka Seheberu: “a hata.”
Kapa: “lebota.”
Kapa: “lebota.”
E leng Leoatle le Shoeleng.
Ka Seheberu: “bara.”
Kapa: “khopotso.”
Ka Seheberu: “ba mo tšaba.”
Ka Seheberu: “lehlakore le ka nģa ea leoatle.”
E bolelang “Leralla la Ntlha ea Letlalo la Litho Tsa Botona.”
Kapa: “banna ba lilemong tsa ho kenela sesole.”
Ka Seheberu: “ke tlositse nyefolo ea Egepeta ho lona.”
Kapa: “molaoli.”
Ka Seheberu: “meqathatso.”
Kapa: “molumo o sa khaotseng.”
Kapa: “hlahloba.”
Kapa: “mathata; khathatso.”
Kapa: “hlahloba.”
Kapa: “hlahloba.”
Kapa mohlomong: “a etsa hore batho ba etse kano ena.”
Kapa mohlomong ho buuoa ka botumo ba Jehova.
Kapa: “hlahloba.”
E leng le ka bochabela.
Kapa: “ba furalletse.”
Ka Seheberu: “halaletse.”
Ka Seheberu: “Ikhalaletseng.”
Ka Seheberu: “lishekele tse 200.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “lishekele tse 50.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “Phuleng.”
Kapa: “mathata; khathatso.”
E bolelang “Tlokotsi; Khathatso.”
Kapa: “phula.”
Kapa: “thota ea lehoatata.”
Kapa: “sefateng.”
Ka Seheberu: “tsamaea.”
E leng Leoatle la Mediterranean.
Mekotla ea letlalo e tšelang metsi.
Ka Seheberu: “meqathatso.”
Kapa: “makhoba.”
E leng ka lehlakoreng le ka bochabela.
Mekotla ea letlalo e tšelang metsi.
Ka Seheberu: “meqathatso.”
Kapa: “hlahloba.”
Ka Seheberu: “matsohong a hao.”
Ka Seheberu: “lumella letsoho la hao hore le phomole bakeng sa.”
Kapa: “Phula.”
Ka Seheberu: “a leotsa leleme la hae.”
E leng ka sekotlong.
Kapa: “lifateng.”
Kapa: “Araba.”
Kapa: “maralla a eona.”
E leng letša la Genesarete kapa Leoatle la Galilea.
E leng Leoatle le Shoeleng.
Kapa: “ho tloha Shihore.”
Ka Seheberu: “ka pel’a.”
Kapa: “moo ho kenoang teng Hamathe.”
Kapa: “sehlabeng.”
Kapa: “sehlabeng.”
Kapa: “phula.”
E leng marena a neng a le tlas’a Sihone.
Kapa: “phuleng.”
E leng letša la Genesarete kapa Leoatle la Galilea.
E leng ka lehlakoreng le ka bochabela.
Kapa: “hlahloba.”
Ka Seheberu: “ba entse hore lipelo tsa sechaba li nyahame.”
Ka Seheberu: “ka ho feletseng.”
Kapa: “ke tšepa hore.”
Kapa: “e fanoeng ka lotho ho.”
E leng Leoatle le Shoeleng.
Kapa: “koung.”
E leng Leoatle le Leholo la Mediterranean.
E leng Leoatle le Shoeleng.
Kapa: “koung.”
Kapa: “Phuleng.”
Kapa: “Phula.”
E leng Leoatle la Mediterranean.
Kapa mohlomong: “a opa liatla ha a ntse a le holim’a tonki.”
Kapa: “Negebe.”
E bolelang “Likotlolo Tsa Metsi.”
Kapa mohlomong: “Gedera le masaka a eona a linku.”
Kapa: “e e potolohileng.”
Kapa: “e e potolohileng.”
E leng Leoatle la Mediterranean.
Kapa: “tsa e abeloa.”
Kapa: “mosebetsi o qobelloang.”
E leng ka lehlakoreng le ka bochabela.
Ka Seheberu: “ka ho le letona.”
E leng sechaba sa Manase.
Kapa: “e e potolohileng.”
Kapa: “mosebetsi o qobelloang.”
Ka Seheberu: “ha o mphile.”
Kapa: “phula.”
Kapa: “e e potolohileng.”
Kapa: “Phuleng.”
Kapa: “Phuleng.”
Kapa: “koung.”
E leng Leoatle le Shoeleng.
Kapa: “mopheteletsi oa mali.”
Kapa: “sehlabeng.”
Kapa: “ba abeloa.”
Kapa: “ba fuoa ka lotho.”
Kapa: “lentsoe.”
E leng ka lehlakoreng le ka bochabela.
Kapa: “maloko.”
Kapa: “maloko.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “tšaba.”
Ka Seheberu: “meloko.”
Kapa: “meloko.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “maloko.”
Ho ea ka tlhaloso, ho bonahala eka aletare eo e ile ea rehoa Bopaki.
Ka Seheberu: “Matsatsi a mangata.”
E leng Leoatle la Mediterranean.
Kapa: “lentsoe lohle le lebe.”
E leng ea Eufrate.
E leng ea Eufrate.
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “matsatsi a mangata.”
E leng ka lehlakoreng le ka bochabela.
Kapa mohlomong: “Beng ba naha.”
Kapa mohlomong: “ba tšohe.”
Kapa: “ka ho hloka molato.”
E leng ea Eufrate.
E leng ea Eufrate.
Kapa: “borabele.”