BAAHLOLI
1 Ka mor’a lefu la Joshua,+ Baiseraele* ba botsa Jehova ba re:+ “Ke mang ho rona ea tla ea pele ho Bakanana ho ea ba loantša?” 2 Jehova a ba araba a re: “Juda o tla ea.+ Ke fana* ka naha ena letsohong la hae.” 3 Juda a re ho Simeone abuti oa hae: “A re ee sebakeng seo ke se abetsoeng,*+ re e’o loantša Bakanana. Le ’na ke tla ea le uena sebakeng seo u se abetsoeng.” Simeone a ea le eena.
4 Ha leloko la Juda le fihla, Jehova a nehelana ka Bakanana le Bapereze matsohong a bona+ eaba ba hlola banna ba 10 000 ba Bezeke. 5 Ba ile ba fumana Adoni-bezeke a le Bezeke joale ba mo loantšetsa hona moo ’me ba hlola Bakanana+ le Bapereze.+ 6 Ha Adoni-bezeke a baleha, ba ile ba mo lelekisa ’me ba mo tšoara eaba ba mo khaola menoana e metona ea maoto le ea matsoho. 7 Eaba Adoni-bezeke o re: “Ho na le marena a 70 a khaotsoeng menoana e metona ea maoto le ea matsoho a thonakang lijo tlas’a tafole ea ka. Molimo o nkentse feela joalokaha ke entse.” Ka mor’a moo, ba mo tlisa Jerusalema+ ’me a shoella teng.
8 Ho feta moo, banna ba Juda ba loantša Jerusalema+ ’me ba e hapa, ba loantša baahi ba eona ka sabole ’me ba chesa motse. 9 Ka mor’a moo, banna ba Juda ba ea ho ea loantša Bakanana ba lulang sebakeng se lithaba le ba Negebe le ba Shefela.+ 10 Kahoo, Juda a hlasela Bakanana ba neng ba lula Hebrone (pele ho moo Hebrone e ne e bitsoa Kiriathe-arba) ’me ba bolaea Sheshai, Akimane le Talmai.+
11 Ho tloha moo, ba loantša baahi ba Debire.+ (Pele ho moo Debire e ne e bitsoa Kiriathe-sefere.)+ 12 Joale Kalebe+ a re: “Monna ea tla hlasela Kiriathe-sefere ’me a e hapa, ke tla mo fa morali oa ka Aksa hore e be mosali oa hae.”+ 13 Othniele+ mora oa Kenaze,+ ngoan’abo Kalebe, a e hapa. Kahoo, a mo fa morali oa hae Aksa hore e be mosali oa hae. 14 Ha ba le tseleng e eang hae, Aksa a phehella monna oa hae hore a kope tšimo ho ntate oa hae. Aksa a theoha holim’a tonki.* Kalebe a mo botsa a re: “U batla’ng?” 15 Aksa a re ho eena: “Ke kopa u ntlhohonolofatse kaha u mphile karolo ea naha e ka boroa,* mphe le Gulothe-maime.”* Kahoo, Kalebe a mo fa Gulothe e Holimo le Gulothe e Tlase.
16 Joale bana ba Mokene+ ntate oa mosali oa Moshe,+ ba tla ba tsoa motseng oa lifate tsa palema*+ le batho ba Juda ho ea lefeelleng la Juda ka boroa ho Arade.+ Ba ea moo eaba ba lula le batho ba moo.+ 17 Empa Juda a tsamaea le Simeone abuti oa hae, ba hlasela Bakanana ba ahileng Zefathe ’me ba ba bolaea.+ Eaba ba reha motse oo lebitso la Horma.*+ 18 Ka mor’a moo, Juda a hapa Gaza,+ Ashkelone,+ Ekrone+ le libaka tsa tsona. 19 Jehova o ne a e-na le Bajuda ’me ba ile ba nka sebaka se lithaba empa ha baa ka ba khona ho leleka baahi ba khohlong* hobane ba ne ba e-na le likariki tsa ntoa tse nang le mahare a tšepe.+ 20 Ba ile ba fa Kalebe motse o bitsoang Hebrone feela joalokaha Moshe a ne a tšepisitse+ eaba ba leleka bara ba bararo ba Anake.+
21 Empa Babenjamine ha baa ka ba leleka Bajebuse ba ahileng Jerusalema. Bajebuse ba ntse ba lula le Babenjamine Jerusalema ho fihlela letsatsing lena.+
22 Ka nako eo, ba lelapa la Josefa+ ba hlasela Bethele ’me Jehova o ne a e-na le bona.+ 23 Ba lelapa la Josefa ba romela lihloela Bethele (pele ho moo motse oo o ne o bitsoa Luze)+ 24 eaba li bona monna e mong a tsoa motseng. Joale tsa re ho eena: “Ka kopo, re bontše tsela ea ho kena motseng ’me re tla u hauhela.”* 25 Kahoo, monna eo a li bontša tsela ea ho kena motseng eaba li hlasela motse oo ka sabole empa tsa tlohela monna eo le lelapa lohle la hae hore ba tsamaee.+ 26 Monna eo a ea naheng ea Bahethe eaba o haha motse ’me o o reha Luze e leng lebitso la oona ho fihlela letsatsing lena.
27 Manase ha aa ka a nka Bethe-sheane le metse e e potolohileng, Tanake+ le metse e e potolohileng, Dore le metse e e potolohileng, Ibleame le metse e e potolohileng hammoho le Megido le metse e e potolohileng.+ Bakanana ba ile ba phehella ho lula naheng ena. 28 Ha Baiseraele ba e-ba matla, ba ile ba etsa hore Bakanana ba etse mosebetsi o boima*+ empa ha baa ka ba ba leleka kaofela.+
29 Baefraime le bona ha baa ka ba leleka Bakanana ba neng ba lula Gezere. Bakanana ba ile ba ’na ba lula har’a bona Gezere.+
30 Bazabulone ha baa ka ba leleka baahi ba Kiterone le baahi ba Nahalole.+ Bakanana ba ile ba ’na ba lula har’a bona ’me ba etsa mosebetsi o boima.+
31 Ashere ha aa ka a leleka baahi ba Ako, ba Sidone,+ ba Alabe, ba Akzibe,+ ba Helba, ba Afike+ le ba Rehobe.+ 32 Kahoo, Baashere ba ’na ba lula har’a Bakanana ba naheng eo hobane ha baa ka ba leleka Bakanana.
33 Banefthali ha baa ka ba leleka baahi ba Bethe-shemeshe le ba Bethe-anathe+ empa ba ile ba lula har’a Bakanana ba naheng eo.+ Baahi ba Bethe-shemeshe le ba Bethe-anathe ea e-ba basebeletsi ba bona ba etsang mosebetsi o boima.
34 Baamore ba ile ba qobella Badane hore ba lule sebakeng se lithaba, ha baa ka ba ba lumella ho theohela khohlong.*+ 35 Kahoo, Baamore ba hana ho tloha Thabeng ea Herese, Ajalone+ le Shalbime.+ Empa ha matla* a ba lelapa la Josefa a eketseha,* Baamore ba ile ba qobelloa ho etsa mosebetsi o boima. 36 Naha ea Baamore e ne e tloha moepeng oa Akrabime+ le ho tloha Sela ho ea holimo.
2 Joale lengeloi+ la Jehova la tloha Gilgale+ la nyolohela Bokime ’me la re: “Ke le ntšitse Egepeta ka le tlisa naheng eo ke e hlapanyelitseng baholo-holo+ ba lona. Ho feta moo, ke ile ka re, ‘Le ka mohla nke ke ka tlola selekane sa ka le lona.+ 2 Le lona le se ke la etsa selekane le baahi ba naha ena+ ’me le lihe lialetare tsa bona.’+ Empa ha lea mamela lentsoe la ka.+ Ke hobane’ng ha le entse tjee? 3 Ke ka lebaka leo ke ileng ka boela ka re, ‘Nke ke ka ba leleka ka pel’a lona,+ e tla ba leraba ho lona+ ’me le tla lekeha hore le rapele melimo ea bona.’”+
4 Ha lengeloi la Jehova le se le buile mantsoe ana ho Baiseraele bohle, sechaba sa qala ho lla haholo. 5 Kahoo, sa reha sebaka seo Bokime* ’me sa etsetsa Jehova sehlabelo moo.
6 Ha Joshua a re sechaba se tsamaee, Moiseraele e mong le e mong a ea naheng eo a e fuoeng e le lefa ’me a e nka.+ 7 Sechaba sa tsoela pele ho sebeletsa Jehova ha Joshua a ntse a phela le ha banna ba baholo ba ileng ba phela nako e telele ho feta Joshua ba ntse ba phela, ba boneng lintho tseo Jehova a li etselitseng Baiseraele.+ 8 Joale Joshua mora oa Nune, mohlanka oa Jehova, a shoa a le lilemo li 110.+ 9 Kahoo, ba mo pata naheng eo e leng lefa la hae Timnathe-herese,+ sebakeng se lithaba sa Efraime ka leboea ho Thaba ea Gashe.+ 10 Moloko oo kaofela oa shoa* eaba ho hlaha moloko o mong ka mor’a oona, o neng o sa tsebe Jehova kapa lintho tseo a li etselitseng Baiseraele.
11 Baiseraele ba etsa lintho tse sa thabiseng Jehova ’me ba sebeletsa* melimo ea Baale.+ 12 Ba tlohela Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona ea ba ntšitseng naheng ea Egepeta.+ Eaba ba latela melimo e meng, melimo ea lichaba tse neng li ba potolohile,+ ba e inamela ’me ba siteloa Jehova.+ 13 Ba tlohela Jehova ’me ba sebeletsa Baale le litšoantšo tsa Ashtorethe.+ 14 Jehova a halefela Baiseraele haholo eaba o lumella lira tsa bona hore li ba hlole li be li ba nkele lintho tsa bona.+ A ba rekisetsa lira tse ba potolohileng+ ’me ba ne ba se ba sa khone ho itoanela khahlanong le lira tsa bona.+ 15 Hohle moo ba neng ba ea teng, Jehova o ne a le khahlanong le bona e le hore a ba tlisetse tlokotsi+ feela joalokaha Jehova a ne a buile le joalokaha Jehova a ne a ikanne ho bona+ ’me ba ne ba le mahlomoleng a maholo.+ 16 Kahoo, Jehova o ne a ba fa baahloli ba neng ba ba pholosa ho batho ba neng ba ba nkela lintho tsa bona.+
17 Empa ha baa ka ba mamela le baahloli bao ’me ba ne ba rapela* melimo e meng ebile ba e inamela. Ba ile ba kheloha kapele tseleng eo baholo-holo ba bona ba ileng ba mamela litaelo tsa Jehova+ ba neng ba tsamaea ho eona. Ba ile ba hloleha ho mamela. 18 Ha Jehova a ba fa moahloli,+ Jehova o ne a e-ba le moahloli eo ’me a ba pholosa ho lira tsa bona ha moahloli eo a ntse a phela hobane Jehova o ne a ba utloela bohloko+ ha ba lla ka lebaka la batho ba neng ba ba hateletse+ le ba neng ba ba hlorisa.
19 Empa ha moahloli a ne a shoa, ba ne ba etsa bobe bo fetang boo baholo-holo ba bona ba bo entseng ka ho latela melimo e meng, ba e sebeletsa ebile ba e inamela.+ Ha baa ka ba tlohela mekhoa ea bona e mebe le ho ba manganga. 20 Qetellong Jehova a halefela Baiseraele+ haholo ’me a re: “Kaha sechaba sena se tlotse selekane+ sa ka seo ke se laetseng baholo-holo ba sona ’me ha sea ’mamela+ 21 le ’na nke ke ka leleka sechaba leha e le sefe se ileng sa sala ha Joshua a shoa.+ 22 Ke tla etsa sena e le ho leka Baiseraele ho bona hore na ba tla tsamaea tseleng ea Jehova+ joalokaha baholo-holo ba bona ba tsamaile.” 23 Kahoo, Jehova o ile a lumella lichaba tsena hore li ’ne li be teng. Ha aa ka a li leleka kapele ’me ha aa ka a etsa hore Joshua a li hlole.
3 Tsena ke lichaba tseo Jehova a ileng a li lumella hore li ’ne li be teng e le hore li leke Baiseraele bohle ba e-s’o kang ba loana le Bakanana+ 2 (o ile a etsa sena e le hore meloko e latelang ea Baiseraele e e-s’o kang e loana, e ithute ho loana): 3 Marena a mahlano a Bafilista,+ Bakanana bohle, Basidone+ le Baheve+ ba ahileng Thabeng ea Lebanone+ ho tloha Thabeng ea Baale-hermone ho ea fihla Lebo-hamathe.*+ 4 Lichaba tsena li ne li leka Baiseraele ho bona hore na ba tla mamela litaelo tseo Jehova a neng a li file baholo-holo ba bona ka Moshe.+ 5 Kahoo, Baiseraele ba lula har’a Bakanana,+ Bahethe, Baamore, Bapereze, Baheve le Bajebuse. 6 Baiseraele ba ne ba nyala barali ba lichaba tsena ’me ba nyalisa barali ba bona bara ba lichaba tsena eaba ba qala ho sebeletsa melimo ea tsona.+
7 Baiseraele ba etsa lintho tse sa thabiseng Jehova. Ba lebala Jehova Molimo oa bona ’me ba sebeletsa melimo ea Baale+ le lipalo tse halalelang.*+ 8 Eaba Jehova o halefela Baiseraele haholo ’me o ba rekisetsa Kushane-rishathaime morena oa Mesopotamia.* Baiseraele ba sebeletsa Kushane-rishathaime ka lilemo tse robeli. 9 Ha Baiseraele ba kopa thuso ho Jehova,+ Jehova o ile a khetha mopholosi e le hore a ba pholose+ e leng Othniele+ mora oa Kenaze, ngoan’abo Kalebe. 10 Jehova a mo fa moea oa hae o halalelang+ ’me ea e-ba moahloli oa Iseraele. Ha a ea ntoeng, Jehova a etsa hore a hlole Kushane-rishathaime morena oa Mesopotamia.* 11 Ka mor’a moo, ha e-ba le khotso naheng ka lilemo tse 40. Eaba Othniele mora oa Kenaze oa shoa.
12 Baiseraele ba qala hape ho etsa lintho tse sa thabiseng Jehova.+ Jehova a tlohela Eglone morena oa Moabe+ hore a ba hlole hobane ba ne ba entse lintho tse sa thabiseng Jehova. 13 Ho feta moo, a tlisa Baamone+ le Baamaleke+ hore ba hlasele Baiseraele eaba ba hapa motse oa lifate tsa palema.*+ 14 Baiseraele ba ile ba sebeletsa Eglone morena oa Moabe ka lilemo tse 18.+ 15 Eaba Baiseraele ba kopa thuso ho Jehova.+ Kahoo, Jehova a ba fa mopholosi+ e leng Ehude+ ea neng a le leqele,*+ mora oa Gera, Mobenjamine.+ Ka mor’a nako, Baiseraele ba mo roma hore a ise lekhetho* ho Eglone morena oa Moabe. 16 Joale Ehude a iketsetsa sabole e sehang ka mahlakore a mabeli, e bolelele ba lisenthimithara tse ka bang 40* eaba o e tlamella seropeng se setona tlas’a seaparo sa hae. 17 A fa Eglone morena oa Moabe lekhetho leo. Eglone e ne e le monna e motenya haholo.
18 Ha Ehude a qetile ho fana ka lekhetho, a tsamaea le batho ba neng ba tlile ba nkile lekhetho. 19 Empa ha a fihla litšoantšong tse rapeloang tse Gilgale,+ a khutla ’me a re ho morena: “Ke u tliselitse molaetsa oa lekunutu morena.” Eaba morena o re: “Tholang!” Kahoo, basebeletsi ba hae ba tsamaea. 20 Joale Ehude a tla ho eena ha a ntse a lutse a le mong ka kamoreng ea hae e marulelong e pholileng. Ehude a re: “Ke u tliselitse molaetsa o tsoang ho Molimo.” Eaba morena o phahama teroneng* ea hae. 21 Joale Ehude a ntša sabole e seropeng sa hae se setona ka letsoho le letšehali eaba o hlaba morena ka eona mpeng. 22 Sabole ea kena kaofela eaba e koaheloa ke mafura empa ha aa ka a ntša sabole mpeng ea morena eaba mantle aa tsoa. 23 Ehude a tsoa ka monyako o kenang ka kamoreng* ea morena eaba o koala mamati a kamore e marulelong ’me a a notlela. 24 Ha a qeta ho tsoa, basebeletsi ba morena ba khutla ’me ba bona mamati a kamore e marulelong a notletsoe. Kahoo ba re: “E tlameha ebe o ntse a ithusa ka kamoreng e ka hare e pholileng.” 25 Ba ’na ba leta ho fihlela ba qala ho tšoenyeha empa ha ba bona hore o ntse a sa bule mamati a kamore e marulelong, ba nka senotlolo ba bula eaba ba fumana morena oa bona a oetse fatše a shoele.
26 Ha ba ntse ba lieha, Ehude a baleha ’me a feta pel’a litšoantšo tse rapeloang+ eaba o balehela Seira. 27 Ha a fihla, a letsa lenaka+ sebakeng se lithaba sa Efraime+ ’me Baiseraele ba theoha le eena ho tloha moo, a ba eteletse pele. 28 Joale a re ho bona: “Ntateleng hobane Jehova o tla etsa hore le hlole Bamoabe lira tsa lona.” Eaba baa mo latela ’me ba hapa maliboho a Jordane ho Bamoabe. Ha baa ka ba lumella mang kapa mang ho tšela. 29 Ka nako eo, ba bolaea Bamoabe ba ka bang 10 000+ e leng banna bohle ba matla le ba sebete. Ha ho le ea mong ea ileng a phonyoha.+ 30 Kahoo, Bamoabe ba ile ba hloloa ke Baiseraele letsatsing leo eaba ho ba le khotso naheng ka lilemo tse 80.+
31 Ka mor’a hae, ho ile ha latela Shamgare+ mora oa Anathe, ea ileng a hlaba banna ba Bafilista ba 600+ ka tsenene ea likhomo+ ’me a ba bolaea. Le eena o ile a pholosa Baiseraele.
4 Empa ka mor’a hore Ehude a shoe, Baiseraele ba ile ba boela ba siteloa Jehova.+ 2 Ka lebaka leo, Jehova a ba rekisetsa Jabine morena oa Kanana,+ ea neng a busa Hazore. Molaoli oa masole e ne e le Sisera ’me o ne a lula Haroshethe+ ea balichaba.* 3 Baiseraele ba kopa thuso ho Jehova+ hobane Jabine o ne a e-na le likariki tsa ntoa tse 900 tse nang le mahare a tšepe*+ ’me o ile a sotla Baiseraele+ ka lilemo tse 20.
4 Joale moprofeta Debora,+ eo monna oa hae e neng e le Lapidothe, o ne a ahlola Iseraele ka nako eo. 5 Debora o ne a tloaetse ho lula tlas’a sefate sa hae sa palema* se pakeng tsa Rama+ le Bethele,+ sebakeng se lithaba sa Efraime. Baiseraele ba ne ba nyolohela ho eena bakeng sa kahlolo. 6 A re ho bitsoe Barake+ mora oa Abinoame ea tsoang Kedeshe-nefthali+ ’me a re ho eena: “Jehova Molimo oa Iseraele o u file taelo e reng: ‘E-ea* Thabeng ea Tabore le banna ba 10 000 ba Nefthali le ba Zabulone. 7 Ke tla tlisa Sisera ho uena e leng molaoli oa masole a Jabine hammoho le likariki tsa hae tsa ntoa le masole a hae nokaneng* ea Kishone+ ’me ke tla etsa hore u mo hlole.’”+
8 Eaba Barake o re ho eena: “Haeba u ea le ’na, ke tla ea empa haeba u sa ee le ’na, nke ke ka ea.” 9 Debora a re: “Ke tla ea le uena. Leha ho le joalo, ntoa eo u eang ho eona e ke ke ea u tlisetsa thoriso kaha Jehova o tla etsa hore mosali e be eena ea hlolang Sisera.”+ Eaba Debora o tsamaea le Barake ho ea Kedeshe.+ 10 Barake a laela hore Zabulone le Nefthali+ ba tle Kedeshe ’me banna ba 10 000 ba mo latela. Debora a nyoloha le eena.
11 Hebere eo e neng e le Mokene o ne a ikarotse ho Bakene+ ba bang e leng bana ba Hobabe, ntate oa mosali oa Moshe+ ’me tente ea hae e ne e le haufi le sefate se seholo se Zananime e Kedeshe.
12 Ba tlalehela Sisera hore Barake mora oa Abinoame o nyolohetse Thabeng ea Tabore.+ 13 Hang-hang Sisera a bokella likariki tsohle tsa hae tsa ntoa tse 900 tse nang le mahare a tšepe* le masole ’ohle a neng a e-na le eena ho tsoa Haroshethe ea balichaba ho ea nokaneng ea Kishone.+ 14 Joale Debora a re ho Barake: “Ema hobane lena ke letsatsi leo ka lona Jehova a tla etsa hore u hlole Sisera. Jehova ke eena ea u etellang pele.” Barake a theoha Thabeng ea Tabore a lateloa ke banna ba 10 000. 15 Eaba Jehova o ferekanya+ Sisera le likariki tsohle tsa hae tsa ntoa le masole ’ohle ka pel’a Barake. Qetellong Sisera a theoha kariking ea hae ea ntoa ’me a baleha. 16 Barake a lelekisa likariki tsa ntoa le masole ho ea fihla Haroshethe ea balichaba. Kahoo, masole ’ohle a Sisera a bolaoa ka sabole, ha ho le ileng la sala.+
17 Empa Sisera a balehela tenteng ea Jaele+ mosali oa Hebere+ oa Mokene hobane ho ne ho e-na le khotso pakeng tsa Jabine+ morena oa Hazore le ba lelapa la Hebere. 18 Joale Jaele a tsoa ho ea khahlanyetsa Sisera ’me a re ho eena: “Kena moren’a ka, kena ka mona. U se ke oa tšoha.” Kahoo, a kena ka tenteng ea hae eaba Jaele o mo koahela ka kobo. 19 Eaba o re ho eena: “Ke kopa u mphe metsinyana hore ke noe hobane ke nyoriloe.” Kahoo, a bula lekuka* la lebese ’me a mo fa lona hore a noe.+ Ka mor’a moo, a mo koahela hape ka kobo. 20 Sisera a re ho Jaele: “Ema monyako oa tente ’me haeba ho e-na le motho ea tlang ’me a u botsa a re, ‘Na ho na le motho moo?’ U re, ‘Che!’”
21 Empa Jaele mosali oa Hebere a nka tšepe ea tente le hamore. Ha Sisera a ntse a robetse ’me a khathetse, a mo nanyetsa, a kokotella tšepe eo litlhafunelong* tsa hae ho ea fihla fatše eaba oa shoa.+
22 Barake a ea moo a ntse a batlana le Sisera. Jaele a tsoa ho mo khahlanyetsa ’me a re: “Tloo ’me ke tla u bontša motho eo u mo batlang.” Kahoo, a kena le eena ka tenteng eaba o fumana Sisera a shoele, tšepe e kene litlhafunelong* tsa hae.
23 Letsatsing leo, Molimo a etsa hore Baiseraele ba hlole Jabine morena oa Kanana.+ 24 Baiseraele ba ’na ba loantša Jabine morena oa Kanana,+ ho fihlela ba mo bolaile.+
5 Letsatsing leo, Debora+ le Barake+ mora oa Abinoame ba ile ba bina pina ena:+
2 Rorisang Jehova!
3 Mamelang, lona marena! Mamelang lona babusi!
Ke tla binela Jehova.
Ke tla binela* Jehova Molimo oa Iseraele+ lithoriso.+
4 Jehova, ha u ne u tsoa Seire,+
Ha u ne u tloha naheng ea Edomo,
Lefatše le ile la thothomela ’me maholimo a tšoloha,
Maru a ntša metsi.
6 Matsatsing a Shamgare+ mora oa Anathe,
Matsatsing a Jaele,+ ho ne ho se na batho ba tsamaeang litseleng tse kholo,
Batho ba ne ba tsamaea ka litsela tse ling.
7 Ho ne ho se ho se na batho ba lulang Iseraele,
Ba ne ba le sieo, ho fihlela ’na Debora,+ ke ema,
Ho fihlela ke ema joaloka ’mè Iseraele.+
Ho ne ho se na thebe kapa lerumo,
Har’a ba 40 000 Iseraele.
Rorisang Jehova!
10 Lona bapalami ba litonki tse sootho,
Lona ba lulang holim’a limmete tsa boleng bo phahameng,
Le lona ba tsamaeang tseleng,
Nahanang ka sena:
11 Mantsoe a ba khang metsi a ne a utloahala lilibeng.
Ba ne ba bua ka liketso tse lokileng tsa Jehova moo,
Liketso tse lokileng tsa batho ba hae ba lulang Iseraele.
Eaba batho ba Jehova ba theohela likeiting.
12 Tsoha, tsoha, Uena Debora!+
Tsoha, tsoha, u bine pina!+
Ema, Barake!+ U tsamaee le batlamuoa ba hao, uena mora oa Abinoame!
13 Joale ba neng ba setse ba theohela ho bahlomphehi,
Batho ba Jehova ba theohela ho ’na ho tla loantša ba matla.
14 Banna ba ka khohlong* ba tsoang lelokong la Efraime,
Ba u setse morao, Benjamine, har’a lichaba tsa heno.
A romeloa thoteng ka maoto.+
Leloko la Rubene le ne le sa khone ho etsa qeto.
16 Ke hobane’ng ha u ile oa lula pakeng tsa lisatlelebeke* tse peli,
U ba mametse ha ba letsetsa mehlape liphala?+
Leloko la Rubene le ne le sa khone ho etsa qeto.
17 Gileade a ’na a lula ka lehlakoreng le leng la Jordane,+
Ke hobane’ng ha Dane a ile a lula likepeng?+
Ashere a lula a sa etse letho lebopong la leoatle,
A ’na a lula libakeng tsa hae tseo likepe li emang ho tsona.*+
18 Sechaba sa Zabulone e ne e le sechaba se ileng sa beha bophelo ba sona kotsing ho isa lefung,
Sechaba sa Nefthali le sona+ se ile sa beha bophelo ba sona kotsing se le thabeng.+
Ha baa ka ba hapa leruo la silevera.+
20 Linaleli tsa loana leholimong,
Tsa loantša Sisera li le litseleng tsa tsona.
21 Molapo o phoroselang* oa Kishone oa ba hohola,+
Molapo o phoroselang* oa khale, molapo o phoroselang* oa Kishone.
Ke ile ka hatakela ba matla.
22 Eaba litlhako tsa lipere li tila nģa e le ’ngoe
Ha lipere tsa hae tsa ntoa li ntse li matha ka matla.+
23 ‘E se e ka Meroze e ka hlaheloa ke tlokotsi,’ ho boletse lengeloi la Jehova,
‘Le baahi ba eona ba hlaheloe ke tlokotsi
Hobane ha baa ka ba thusa Jehova,
Ha baa thusa Jehova ka ba matla.’
24 Mosali ea hlohonolofetseng ho feta ba bang ke Jaele,+
Mosali oa Hebere+ oa Mokene,
O hlohonolofalitsoe ho feta basali ba bang ba lulang litenteng.
25 O kopile metsi, a mo fa lebese.
A mo fa mafi* ka har’a sekotlolo se seholo se setle.+
26 O ile a nka tšepe ea tente,
A nka hamore e boima ka letsoho le letona.
27 A akheha pakeng tsa maoto a hae, a oa, a rapalla,
A akheha pakeng tsa maoto a hae ’me a oa,
A shoella moo a akhehetseng teng.
28 Mosali a sheba ka fensetere,
E ne e le ’mè oa Sisera. O ne a ipotsa a re:
‘Ke hobane’ng ha kariki ea hae ea ntoa e liehile ho fihla?
Ke hobane’ng ha ke sa utloe lerata la lipere tsa hae tse mathang?’+
29 Basali ba bohlale ba hlomphehang ba mo araba,
Le eena o ne a ikaraba ka makhetlo,
30 ‘E tlameha ebe ba ntse ba arolelana lintho tseo ba li hapileng,
Mohlabani e mong le e mong o nka ngoanana a le mong* kapa ba babeli,*
Sisera o nka masela a mebala-bala, masela a mebala-bala,
Banna ba hapang lintho ba nke seaparo se khabisitsoeng, masela a mebala-bala,
Liaparo tse peli tse khabisitsoeng bakeng sa melala ea bona.’
31 Kahoo, lira tsohle tsa hao li ke li felisoe,+ Jehova,
Empa ba u ratang ba be joaloka letsatsi ha le hlaha ka khanya ea lona.”
Ho ile ha e-ba le khotso naheng ka lilemo tse 40.+
6 Baiseraele ba ile ba boela ba siteloa Jehova.+ Kahoo, Jehova a nehelana ka bona matsohong a Bamidiane ka lilemo tse supileng.+ 2 Bamidiane ba ile ba hatella Baiseraele.+ Ka lebaka la Bamidiane, Baiseraele ba ile ba iketsetsa libaka tseo ba ka ipatang* ho tsona lithabeng, mahaheng le libakeng tseo ho leng thata ho fihla ho tsona.+ 3 Ha Baiseraele ba jetse peo, Bamidiane, Baamaleke+ le batho ba Bochabela+ ba ne ba ba hlasela. 4 Ba ne ba hloma litente e le hore ba ba hlasele ’me ba senye lihlahisoa tsa naha ho ea fihla Gaza. Ba ne ba sa siele Baiseraele letho le jeoang leha e le nku kapa poho kapa tonki.+ 5 Ba ne ba tla le mehlape le litente tsa bona ba le bangata joaloka litsie+ ’me bona le likamele tsa bona ba ne ba se na palo,+ ba ne ba tla naheng ho tla e felisa. 6 Joale Baiseraele ba futsaneha haholo ka lebaka la Bamidiane ’me ba kopa thuso ho Jehova.+
7 Ha Baiseraele ba kopa thuso ho Jehova ka lebaka la Bamidiane,+ 8 Jehova a romela moprofeta ho Baiseraele, ea ileng a re ho bona: “Jehova Molimo oa Iseraele o re, ‘Ke le ntšitse Egepeta ntlong ea bokhoba.+ 9 Ka le pholosa ho Baegepeta le ho lira tsohle tse le hatellang eaba ke li leleka ka pel’a lona ’me ke le fa naha ea tsona.+ 10 Ke ile ka re ho lona: “Ke ’na Jehova Molimo oa lona.+ Le se ke la tšaba melimo ea Baamore bao le lulang naheng ea bona.”+ Empa ha lea ka la ’mamela.’”*+
11 Hamorao lengeloi la Jehova la tla+ ’me la lula tlas’a sefate se seholo se neng se le Ofra, seo e neng e le sa Joashe Moabi-ezere.+ Mora oa hae Gideone+ o ne a ntse a pola koro sehatelong sa veine e le hore a e patele Bamidiane. 12 Lengeloi la Jehova la hlaha ho eena ’me la re: “Jehova o na le uena,+ uena mohlabani ea matla.” 13 Eaba Gideone o re ho lengeloi leo: “Ntšoarele moren’a ka empa haeba Jehova o na le rona, ke hobane’ng ha re hlahetsoe ke lintho tsee tsohle?+ Li hokae liketso tsohle tsa hae tse hlollang tseo baholo-holo ba rona ba re phetetseng tsona+ ba re, ‘Na ha se Jehova ea re ntšitseng Egepeta?’+ Joale Jehova o re tlohetse+ ’me o nehelane ka rona ho Bamidiane.” 14 Eaba Jehova oa mo sheba ’me o re: “E-ea ka matla ao u nang le ’ona ’me u tla pholosa Baiseraele ho Bamidiane.+ Na ha se ’na ea u romang?” 15 Gideone a mo araba a re: “Ntšoarele Jehova. Ke tla pholosa Baiseraele joang? Lelapa leso* ke leo e seng la bohlokoa lelokong la Manase ebile ’na ke e monyenyane ntlong ea ntate.” 16 Empa Jehova a re ho eena: “U tla felisa Bamidiane joalokaha eka ke motho a le mong hobane ke tla ba le uena.”+
17 Gideone a re ho eena: “Joale haeba u nkamohela, mpontše letšoao la hore ke uena ea buang le ’na. 18 Ke kopa u se ke oa tloha mona ho fihlela ke khutla le mpho ea ka ’me ke e beha ka pel’a hao.”+ Eaba o re: “Ke tla lula mona ho fihlela u khutla.” 19 Gideone a tsamaea ’me a hlaba potsanyane eaba o etsa bohobe bo se nang tomoso ka lilithara tse ka bang 22* tsa phofo.+ A tšela nama ka basketeng ’me a tšela le moro ka pitseng. Ka mor’a moo, a mo tlisetsa tsona ka ntle tlas’a sefate se seholo.
20 Joale lengeloi la Molimo oa ’nete la re ho eena: “Nka nama le bohobe bo se nang tomoso, u li behe holim’a lefika le leholo moo ’me u qhale moro.” Eaba o etsa joalo. 21 Lengeloi la Jehova la otlolla letsoho, la thetsa nama le bohobe bo se nang tomoso ka ntlha ea lere eaba ho hlaha mollo lefikeng ’me o chesa nama le bohobe bo se nang tomoso.+ Eaba lengeloi la Jehova lea nyamela. 22 Joale Gideone a hlokomela hore e ne e le lengeloi la Jehova.+
Hang-hang Gideone a re: “Oho, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, ke bone lengeloi la Jehova.”*+ 23 Empa Jehova a re ho eena: “E-ba le khotso. U se ke oa tšoha,+ u ke ke oa shoa.” 24 Kahoo, Gideone a hahela Jehova aletare moo ’me e bitsoa Jehova-shalome*+ ho fihlela letsatsing lena. E ntse e le Ofra motseng oa Baabi-ezere.
25 Bosiung boo Jehova a re ho eena: “Nka pohoana ea ntate oa hao e leng pohoana ea bobeli e lilemo li supileng, u lihe aletare eo ntate oa hao a e etselitseng Baale ’me u khaole palo e halalelang* e pel’a eona.+ 26 Ka mor’a ho hahela Jehova Molimo oa hao aletare ka holim’a thaba* ena ka majoe a palamaneng, u nke pohoana eo u fane ka eona e le nyehelo ea secheso holim’a patsi e tsoang palong e halalelang* eo u e khaotseng.” 27 Eaba Gideone o nka banna ba leshome ho bahlanka ba hae, a etsa feela joalokaha Jehova a mo boleletse. Empa kaha o ne a tšaba ba lelapa la ntate oa hae le banna ba motse haholo, ha aa ka a etsa lintho tsena motšehare empa o ile a li etsa bosiu.
28 Ha banna ba motse ba tsoha hoseng letsatsing le hlahlamang, ba ile ba hlokomela hore aletare ea Baale e lihiloe ’me palo e halalelang* e pel’a eona e khaotsoe le hore ho entsoe nyehelo ka pohoana ea bobeli aletareng e qetang ho hahoa. 29 Ba botsana ba re: “Ke mang ea entseng tjee?” Ka mor’a hore ba batlisise ba re: “Gideone mora oa Joashe ke eena ea entseng tjena.” 30 Kahoo, banna ba motse ba re ho Joashe: “Ntša mora oa hao e le hore re mo bolaee hobane o lihile aletare ea Baale ebile o khaotse palo e halalelang* e neng e le pel’a eona.” 31 Eaba Joashe+ o re ho bohle ba neng ba tlile ho eena: “Ke hobane’ng ha le sireletsa Baale? Na le lokela ho mo pholosa? Mang kapa mang ea mo sireletsang o lokela ho bolaoa hoseng hona.+ Haeba Baale ke molimo, a ke a itšireletse+ hobane ho na le motho ea lihileng aletare ea hae.” 32 Letsatsing leo, a reha Gideone Jerubaale* ’me a qala ho mo bitsa ka lebitso leo a re: “Baale a ke a itšireletse hobane ho na le motho ea lihileng aletare ea hae.”
33 Bohle bao e leng Bamidiane+ le Baamaleke+ le ba Bochabela ba kopanya masole a bona+ ’me ba tšela noka ba ea Khohlong* ea Jezriele eaba ba hloma litente moo. 34 Jehova a fa* Gideone moea o halalelang+ eaba Gideone o letsa lenaka+ ’me Baabi-ezere+ ba mo sala morao. 35 A romela baromuoa ho Bamanase bohle eaba le bona ba mo sala morao. A boela a romela baromuoa ho Baashere, Bazabulone le Banefthali ’me ba nyoloha ho ea kopana le eena.
36 Joale Gideone a re ho Molimo oa ’nete: “Haeba u tla pholosa Baiseraele ka ’na feela joalokaha u tšepisitse,+ 37 ke beha boea ba nku* seotlong. Haeba phoka e e-ba holim’a boea feela empa hohle ka thoko ho bona ho omme, joale ke tla tseba hore u tla pholosa Baiseraele ka ’na feela joalokaha u tšepisitse.” 38 Ho ile ha etsahala feela joalo. Ha a tsoha hoseng letsatsing le hlahlamang ’me a tlhotla boea boo ba nku, phoka eo a e tlhotlileng ea etsa metsi a ka tlalang sekotlolo se seholo. 39 Leha ho le joalo, Gideone a re ho Molimo oa ’nete: “U se ke oa nkhalefela empa ke na le kopo ea ho qetela. Ke kopa ho etsa teko e ’ngoe hape ka boea ba nku. Ke kopa u etse hore boea ba nku e be bona feela bo ommeng ’me ho be le phoka hohle.” 40 Joale Molimo a etsa hore ho be joalo bosiung boo, boea ba nku ke bona feela bo neng bo omme ’me ho ne ho e-na le phoka hohle.
7 Jerubaale e leng Gideone+ le banna bohle ba neng ba e-na le eena, ba tsoha hoseng haholo eaba ba hloma litente Selibeng sa Harode ’me litente tsa Bamidiane li ne li le ka leboea ho bona leralleng la More thoteng. 2 Joale Jehova a re ho Gideone: “Banna ba nang le uena ba bangata haholo. Ka lebaka leo, nke ke ka ba thusa hore ba hlole Bamidiane+ hobane Baiseraele ba ka ’na ba ithorisa ba re, ‘Ke rona ba ipholositseng.’+ 3 Joale ka kopo, bua mantsoe ana ka pel’a banna bana: ‘Mang kapa mang ea tšohileng le ea thothomelang, a khutlele hae.’”+ Kahoo, Gideone a ba leka a sebelisa mantsoe ana. Eaba banna ba 22 000 ba khutlela hae ’me ha sala ba 10 000.
4 Leha ho le joalo, Jehova a re ho Gideone: “Banna bana ba ntse ba le bangata haholo. E-re ba theohele metsing e le hore nka u khethela bona moo.* Ha ke re ho uena, ‘Enoa o tla ea le uena,’ o tla ea le uena empa ha ke re ho uena, ‘Enoa a ke ke a ea le uena,’ a ke ke a ea.” 5 Kahoo, a theohela metsing le banna bao.
Joale Jehova a re ho Gideone: “Arola banna bohle ba noang metsi ka leleme joaloka ntja ho ba noang metsi ba khumame ka mangole.” 6 Palo ea banna ba neng ba noa metsi ka leleme joaloka ntja ebile ba a noella ka matsohong, e ne e le 300. Banna ba bang kaofela, ba ne ba noa metsi ba khumame ka mangole.
7 Eaba Jehova o re ho Gideone: “Ke tla sebelisa banna ba 300 ba noeleng metsi ka leleme joaloka ntja ho le pholosa ’me ke tla etsa hore u hlole Bamidiane.+ E-re banna ba bang kaofela ba khutlele hae.” 8 Kahoo, ka mor’a hore ba nke mefaho le manaka ho sechaba a re banna ba bang bohle ba Iseraele ba khutlele hae ’me a siea banna ba 300 feela. Bamidiane ba ne ba hlomme litente thoteng tlas’a moo Gideone a neng a hlomme tsa hae.+
9 Bosiung boo, Jehova a re ho eena: “Ema, u hlasele litente tsa Bamidiane hobane ke tla etsa hore u ba hlole.+ 10 Empa haeba u tšaba ho ba hlasela, theohela litenteng tsa bona le mohlanka oa hao Pura. 11 U mamele seo ba tla se bua ’me ka mor’a moo u tla ba le sebete* sa ho ba hlasela.” Eaba Gideone le mohlanka oa hae Pura ba theohela pel’a litente tsa Bamidiane.
12 Joale Bamidiane le Baamaleke le batho bohle ba Bochabela+ ba ne ba tletse thoteng joaloka litsie tse ngata ’me likamele tsa bona li ne li le ngata+ joaloka lehlabathe le lebopong la leoatle. 13 Gideone a theoha ’me a utloa monna e mong a phetela motsoalle oa hae toro, a re: “Ke lorile toro ena. Ho ne ho e-na le bohobe ba harese bo selika-likoe bo neng bo thetehela litenteng tsa Bamidiane. Bo ile ba tla tenteng ’me ba e otla haholo hoo e ileng ea oa.+ Bo ile ba phethola tente eaba ea putlama.” 14 Eaba motsoalle oa hae o re: “Ke sabole ea Gideone+ mora oa Joashe monna oa Moiseraele feela e ka etsang joalo. Molimo o tla etsa hore a hlole Bamidiane le litente tsohle tsa bona.”+
15 Hang ha Gideone a utloa toro eo le tlhaloso ea eona,+ a inama ’me a rapela. Ka mor’a moo, a khutlela litenteng tsa Baiseraele a re: “Emang kaha Jehova o tla le thusa hore le hlole masole a Bamidiane.” 16 A arola banna ba 300 ka lihlopha tse tharo ’me kaofela ha bona a ba fa manaka+ le linkho tse kholo tse nang le mabone* ka hare. 17 Eaba o re ho bona: “Le nchebe ’me le nketsise. Ha ke fihla pel’a litente, le etse hantle ntho eo ke e etsang. 18 Ha ’na le bohle ba nang le ’na re letsa manaka, le lona le letse manaka ho potoloha hohle litenteng ’me le hoeletse le re, ‘Ntoa ke ea Jehova le Gideone!’”
19 Ha e e-ba har’a mpa ea bosiu, hantle ka mor’a hore ho kene balebeli ba bang,* Gideone hammoho le banna ba 100 ba neng ba e-na le eena, ba tla haufi le litente. Ba ile ba letsa manaka+ ’me ba pshatla linkho tse kholo tsa metsi tseo ba li nkileng.+ 20 Lihlopha tse tharo tsa letsa manaka ’me tsa pshatla linkho tse kholo. Li ne li tšoere mabone ka matsoho a matšehali. Tsa tšoara manaka ka matsoho a matona tsa a letsa, tsa hoeletsa tsa re: “Sabole ea Jehova le Gideone!” 21 Ka nako eo eohle, monna e mong le e mong o ne a eme sebakeng sa hae ho potoloha litente eaba masole ’ohle a Bamidiane a litenteng aa baleha, a hoeletsa a ntse a baleha.+ 22 Banna ba 300 ba tsoela pele ho letsa manaka ’me Jehova a etsa hore masole ao a hlabane ka lisabole litenteng tsohle+ ’me a baleha ho ea fihla Bethe-shita, ho fetela Zerera, ho ea fihla moeling oa Abele-mehola+ haufi le Tabathe.
23 Eaba ho bokelloa banna ba Iseraele ba tsoang lelokong la Nefthali, Ashere le lelokong lohle la Manase+ ’me ba lelekisa Bamidiane. 24 Gideone a romela baromuoa sebakeng sohle se lithaba sa Efraime, a re: “Theohang le e’o hlasela Bamidiane ’me le ba thibele ho tšela Jordane le linoka tse Bethe-bara.” Kahoo, banna bohle ba Efraime ba bokelloa ’me ba ba thibela ho tšela Jordane le linoka tse Bethe-bara. 25 Ba boela ba hapa likhosana tse peli tsa Bamidiane e leng Orebe le Zebe. Ba bolaela Orebe lefikeng la Orebe+ ’me ba bolaela Zebe sehatelong sa veine sa Zebe. Ba ’na ba lelekisa Bamidiane+ ’me ba tlisa hlooho ea Orebe le ea Zebe ho Gideone sebakeng sa Jordane.
8 Joale banna ba Efraime ba re ho Gideone: “Ke hobane’ng ha u re entse tjee? Ke hobane’ng ha u sa re bitsa ha u e’o loantša Bamidiane?”+ Eaba ba phehisana khang le eena.+ 2 Empa a re ho bona: “Seo ke se entseng ha se letho ha se bapisoa le seo le se entseng. Na morara o thonakiloeng ke Efraime+ ha o molemo ho feta morara o kotutsoeng ke Abi-ezere?+ 3 Molimo o entse hore le hlole likhosana tsa Midiane e leng Orebe le Zebe.+ ’Na ha kea etsa letho ha ke bapisoa le lona.” Ha a qeta ho bua mantsoe ana, ba tlohela ho halefa.
4 Eaba Gideone le banna ba 300 ba tšela noka ea Jordane ’me ba ’na ba lelekisa lira tsa bona le hoja ba ne ba khathetse. 5 Joale a re ho banna ba Sukothe: “Ke kopa hore le fe banna bana ba tsamaeang le ’na bohobe kaha ba khathetse ’me re ntse re lelekisa marena a Midiane e leng Zeba le Zalmuna.” 6 Empa likhosana tsa Sukothe tsa re: “Ke hobane’ng ha re lokela ho fa masole bohobe? Na u se u hlotse Zeba le Zalmuna?” 7 Eaba Gideone o re: “Kaha le buile mantsoe ana, ke tla le shapa ka meutloa le lihlahla tse hlabang tsa lefeelleng+ ha Jehova a nthusa hore ke hlole Zeba le Zalmuna.” 8 Ha a tloha moo, a nyolohela Penuele ’me a kopela masole a hae bohobe empa banna ba Penuele ba mo araba ka tsela e tšoanang le ea banna ba Sukothe. 9 Kahoo, a boela a re ho banna ba Penuele: “Ha ke khutla ke hlotse, ke tl’o liha tora ena.”+
10 Joale Zeba le Zalmuna ba ne ba le Karkore le masole a bona e leng banna ba ka bang 15 000. E ne e le banna bohle ba setseng ho tsoa lebothong la sesole la batho ba Bochabela+ kaha banna ba 120 000 ba neng ba nkile lisabole ba ne ba shoele. 11 Gideone a ’na a nyoloha ka tsela ea ba lulang litenteng ka bochabela ho Noba le Jogbeha+ ’me a ba hlasela ba sa lebella. 12 Ha marena a mabeli a Midiane e leng Zeba le Zalmuna a baleha, Gideone a a lelekisa ’me a a tšoara. Batho bohle ba lulang litenteng ba tšoha.
13 Joale Gideone mora oa Joashe a khutla ntoeng ka tsela e pakeng tsa lithaba e nyolohelang Herese. 14 Ha a le tseleng a tšoara mohlankana ea tsoang Sukothe eaba o mo hloma lipotso. Kahoo, mohlankana eo a mo ngolla mabitso a likhosana le banna ba baholo ba Sukothe, e ne e le banna ba 77. 15 Eaba o ea ho banna ba Sukothe ’me o re: “Zeba le Zalmuna bao le neng le ntšoma ka bona ke bana, le re, ‘Na u se u hlotse Zeba le Zalmuna hoo re lokelang ho fa banna ba hao ba khathetseng bohobe?’”+ 16 Joale a nka banna ba baholo ba motse oa Sukothe a ba shapa ka meutloa le lihlahla tse hlabang tsa lefeelleng, a ba kenya tseleng.+ 17 A liha tora ea Penuele+ ’me a bolaea banna ba motse.
18 A re ho Zeba le Zalmuna: “Le bolaile banna ba mofuta ofe Tabore?” Eaba ba re: “Ba ne ba tšoana le uena, e mong le e mong a tšoana le mora oa morena.” 19 Eaba o re: “Ke bana beso, bara ba ’mè. Ke hlapanya ka Jehova Molimo ea phelang hore haeba le ne le sa ba bolaea, ke ne nke ke ka le bolaea.” 20 Joale a re ho Jethere mora oa hae oa letsibolo: “Ema, u ba bolaee.” Empa Jethere a se ke a ntša sabole ea hae. O ne a tšohile hobane o ne a sa le monyenyane. 21 Eaba Zeba le Zalmuna ba re: “Ema ’me u re bolaee kaha monna o bonahala ka matla a hae.” Kahoo, Gideone a ema ’me a bolaea Zeba le Zalmuna+ eaba o nka mekhabiso e bopehileng joaloka khoeli e neng e le melaleng ea likamele tsa bona.
22 Hamorao banna ba Iseraele ba re ho Gideone: “Re buse, uena le mora oa hao hammoho le setloholo sa hao kaha u re pholositse ho Bamidiane.”+ 23 Empa Gideone a re ho bona: “Nke ke ka le busa, le mora oa ka a ke ke a le busa. Jehova ke eena ea tla le busa.”+ 24 Gideone a tsoela pele ho re: “E-reng ke le kope ntho e le ’ngoe feela: E mong le e mong oa lona a mphe lesale la nko ho tsoa linthong tseo a li hapileng.” (Kaha sechaba seo ba se hlotseng se ne se e-na le masale a khauta a nko hobane e ne e le Baishmaele.)+ 25 Joale ba re: “Re tla fana ka ’ona.” Eaba ba ala seaparo ’me e mong le e mong o lahlela lesale la nko ho sona. 26 Masale a nko a khauta ao a neng a a kopile a ne a le boima bo ka etsang lik’hilokramo tse 19,* ntle ho mekhabiso e bopehileng joaloka khoeli, masale, liaparo tsa boea bo pherese tse neng li aparoa ke marena a Midiane le lifaha tse neng li le melaleng ea likamele.+
27 Gideone a etsa efoda*+ ka khauta eo, a e beha motseng oa hae oa Ofra+ eaba Baiseraele bohle ba e rapela*+ moo ’me e ile ea ba leraba ho Gideone le ho ba lelapa la hae.+
28 Kahoo, Baiseraele ba hlola Bamidiane+ ’me ha baa ka ba hlola ba tšoenya Baiseraele* hape. Ho ile ha e-ba le khotso naheng ka lilemo tse 40 mehleng eo ea Gideone.+
29 Eaba Jerubaale+ mora oa Joashe o khutlela ha hae ’me o lula teng.
30 Gideone a ba le bara ba 70* kaha o ne a e-na le basali ba bangata. 31 Serethe* sa hae se neng se lula Shikeme le sona sa mo tsoalla mora ’me a mo reha Abimeleke.+ 32 Gideone mora oa Joashe a shoa a tsofetse haholo ’me a patoa lebitleng la ntate oa hae Joashe le neng le le Ofra ea Baabi-ezere.+
33 Hang ha Gideone a qeta ho shoa, Baiseraele ba boela ba rapela* melimo ea Baale+ ’me ba khetha Baale-berithe hore e be molimo oa bona.+ 34 Baiseraele ha baa ka ba hopola Jehova Molimo oa bona,+ ea neng a ba pholositse ho lira tsohle tsa bona tse neng li ba potolohile.+ 35 Ho sa tsotellehe melemo eohle eo Jerubaale e leng Gideone a ileng a e etsetsa Baiseraele, ha baa ka ba tšepahalla* ba lelapa la hae.+
9 Ka mor’a nako Abimeleke+ mora oa Jerubaale a ea Shikeme ho likhaitseli tsa ’mè oa hae ’me a re ho tsona le ho lelapa lohle la ntate-moholo oa hae:* 2 “Ke kopa le botse baeta-pele* bohle ba Shikeme, ‘Na ho molemo hore banna ba 70 e leng bara bohle ba Jerubaale+ ba le buse kapa hore monna a le mong a le buse? Le hopole hore ke lesapo la lona le nama ea lona.’”*
3 Kahoo, likhaitseli tsa ’mè oa hae tsa mo buella, tsa pheta mantsoe ao ho baeta-pele bohle ba Shikeme ’me baeta-pele ba susumelletseha* ho latela Abimeleke kaha ba ile ba re: “Ke ngoan’abo rona.” 4 Ba mo fa likotoana tse 70 tsa silevera tse tsoang ntlong* ea Baale-berithe+ ’me Abimeleke a li sebelisetsa ho hira banna ba sa sebetseng le ba se nang boitšoaro hore ba tsamaee le eena. 5 Ka mor’a moo, a ea ntlong ea ntate oa hae e Ofra+ ’me a bolaea bana babo+ ba 70 e leng bara ba Jerubaale, a ba bolaela holim’a lejoe le le leng. Ke Jothame feela ea ileng a phonyoha e leng mora e monyenyane oa Jerubaale hobane o ne a ipatile.
6 Eaba baeta-pele bohle ba Shikeme le batho bohle ba Bethe-milo baa bokana ’me ba etsa Abimeleke morena,+ haufi le sefate se seholo se neng se le pel’a pilara e neng e le Shikeme.
7 Ha ba tsebisa Jothame, hang-hang a tsamaea ’me a ema Thabeng ea Gerizime+ eaba oa ba hoeletsa o re: “ ’Mameleng, lona baeta-pele ba Shikeme ’me Molimo o tla le mamela.
8 Ka nako e ’ngoe ho ne ho e-na le lifate tse ileng tsa bokana hore li ikhethele* morena. Kahoo, tsa re ho sefate sa mohloaare, ‘Re buse.’+ 9 Empa sefate sa mohloaare sa re ho tsona, ‘Na ke tele oli ea ka, eo ba e sebelisang ho tlotlisa Molimo le batho ’me ke e’o foka makala a ka holim’a lifate tse ling?’ 10 Joale lifate tsa re ho sefate sa feie,* ‘Tloo ’me u re buse.’ 11 Empa sefate sa feie sa re ho tsona, ‘Na ke tele monate oa ka le litholoana tsa ka tse ntle ’me ke e’o foka makala a ka holim’a lifate tse ling?’ 12 Ka mor’a moo lifate tsa re ho sefate sa morara, ‘Tloo ’me u re buse.’ 13 Eaba sefate sa morara se re ho tsona, ‘Na ke lokela ho tela veine ea ka e ncha e thabisang Molimo le batho ’me ke e’o foka makala a ka holim’a lifate tse ling?’ 14 Qetellong lifate tse ling kaofela tsa re ho sefate sa monokotšoai, ‘Tloo ’me u re buse.’+ 15 Eaba monokotšoai o re ho tsona, ‘Haeba kannete le nkhetha hore ke be morena oa lona, tloong ’me le itšireletse tlas’a moriti oa ka. Empa haeba le sa batle, mollo o tla tsoa sefateng sa monokotšoai ’me o chese lifate tsa kedare tsa Lebanone.’
16 Joale, na le khethile Abimeleke hore e be morena+ ka tsela e nepahetseng le e hlomphehang, na le bontšitse mosa ho Jerubaale le ba lelapa la hae ’me na le mo tšoere ka tlhompho e mo tšoanelang? 17 Ha ntate a ne a le loanela,+ o ile a beha bophelo ba hae kotsing e le hore a le pholose ho Bamidiane.+ 18 Empa kajeno le futuhetse lelapa la ntate ’me le bolaetse bara ba hae ba 70 holim’a lejoe le le leng.+ Ka mor’a moo, Abimeleke e leng mora oa lekhoba la mosali+ la Gideone, la mo etsa morena ho baeta-pele ba Shikeme hobane feela e le ngoan’abo lona. 19 Joale haeba kajeno le tšepahaletse Jerubaale le ba lelapa la hae ’me le ba hlomphile, le thabe le Abimeleke ’me le eena a thabe le lona. 20 Empa haeba ho se joalo, mollo o ke o tsoe ho Abimeleke ’me o chese baeta-pele ba Shikeme le ba Bethe-milo.+ Hape mollo o ke o tsoe ho baeta-pele ba Shikeme le Bethe-milo ’me o chese Abimeleke.”+
21 Joale Jothame+ a baleha a ea Beere ’me a lula moo hobane o ne a tšaba abuti oa hae Abimeleke.
22 Abimeleke a busa Iseraele ka lilemo tse tharo. 23 Eaba Molimo o lumella hore ho be le lehloeo pakeng tsa Abimeleke le baeta-pele ba Shikeme ’me ba etsetsa Abimeleke bolotsana 24 e le hore Abimeleke a ka ba molato oa polao+ ea bara ba Jerubaale ba 70 hammoho le baeta-pele ba Shikeme ba ileng ba mo thusa ho bolaea bana babo. 25 Kahoo, baeta-pele ba Shikeme ba beha banna hore ba lalle Abimeleke holim’a thaba. Ba ne ba utsoetsa motho e mong le e mong ea fetang pel’a bona tseleng eo. Ka mor’a nako, Abimeleke a bolelloa ka taba ena.
26 Joale Gale mora oa Ebede le bana babo ba tšelela Shikeme+ ’me baeta pele ba Shikeme ba ba ka lehlakoreng la hae. 27 Banna ba Shikeme ba ea masimong ’me ba bokella morara o tsoang lirapeng tsa bona tsa morara, ba o hatakela e le hore ba etse veine. Ka mor’a moo ba ea ntlong ea molimo oa bona,+ ba ja, ba noa ’me ba lakaletsa Abimeleke bomalimabe. 28 Eaba Gale mora oa Ebede o re: “Abimeleke ke mang, hona Shikeme ke mang hore re mo sebeletse? Na ha se mora oa Jerubaale+ ’me na molaoli oa hae ha se Zebule? Sebeletsang banna ba Hamore e leng ntate oa Shikeme. Empa ke hobane’ng ha re lokela ho sebeletsa Abimeleke? 29 Haeba feela batho bana ba ne ba ntatela, ke ne ke tla tlosa Abimeleke.” Joale a re ho Abimeleke: “Eketsa masole a hao ’me u tle le ’ona u tl’o ntoantša.”
30 Ha Zebule khosana ea motse a utloa seo Gale mora oa Ebede a se buileng, a halefa haholo. 31 Kahoo, a romela baromuoa ho Abimeleke ka sekhukhu, a re: “Gale mora oa Ebede le bana babo ba tlile Shikeme ’me ba susumetsa batho ba motse hore ba u fetohele. 32 Joale uena le banna ba hao le tsohe bosiu ’me le ba lalle ka ntle ho motse. 33 Hang ha letsatsi le chaba hoseng, u tsohe u hlasele motse. Joale ha Gale a tla le banna ba hae ho tla u loantša, u leke ka hohle ho mo hlola.”
34 Kahoo, Abimeleke le batho bohle ba neng ba e-na le eena ba tsoha bosiu, ba ba lalla ka ntle ho Shikeme ka lihlopha tse ’nè. 35 Ha Gale mora oa Ebede a tsoa ’me a ema keiting ea motse, Abimeleke le banna ba nang le eena ba tsoa moo ba neng ba ba lalletse teng. 36 Ha Gale a bona batho a re ho Zebule: “Bona, ho na le batho ba theohang holim’a thaba.” Empa Zebule a re ho eena: “U bona meriti ea lithaba eseng batho.”
37 Hamorao Gale a re: “Bona! Ho na le batho ba theohang bohareng ba naha ’me sehlopha se seng se tla ka tsela ea sefate se seholo sa Meonenime.” 38 Eaba Zebule o re ho eena: “U lebetse hore u ile oa re, ‘Abimeleke ke mang hore re mo sebeletse?’+ Na batho baa ha se bao u ba lahlileng? Joale tsoa u e’o ba loantša.”
39 Kahoo, Gale a e’o loantša Abimeleke, a etelletse baeta-pele ba Shikeme pele. 40 Abimeleke a mo lelekisa ’me Gale a baleha. Ho ile ha bolaoa batho ba bangata ho ea fihla keiting ea motse.
41 Joale Abimeleke a ’na a lula Aruma ’me Zebule+ a leleka Gale le bana babo hore ba tsoe Shikeme. 42 Letsatsing le hlahlamang batho ba ea naheng ’me Abimeleke a bolelloa ka taba ena. 43 Kahoo, Abimeleke a arola banna ba hae ka lihlopha tse tharo ’me ba lalla batho naheng. Joale ha a bona batho ba tsoa motseng, a ba hlasela ’me a ba bolaea. 44 Abimeleke le banna bao a neng a e-na le bona ba mathela pele eaba ba ema keiting ea motse. Lihlopha tse peli li ne li hlasela batho bohle ba naheng li ba bolaea. 45 Abimeleke a loantša batho ba motse letsatsi lohle, a hapa motse oo. A bolaea batho ba ho oona ’me a o liha+ eaba o o tšela ka letsoai.
46 Ha baeta-pele bohle ba tora ea Shikeme ba utloa taba ena, hang-hang ba ea kamoreng e ka tlas’a ntlo ea Ele-berithe.+ 47 Hang ha Abimeleke a bolelloa hore baeta-pele ba tora ea Shikeme ba bokane, 48 Abimeleke le banna ba nang le eena ba nyolohela Thabeng ea Zalmone. Abimeleke a nka selepe, a khaola lekala la sefate a le jara lehetleng eaba o re ho batho ba nang le eena: “Phakisang le etse ntho eo le boneng ke e etsa.” 49 Joale batho bohle le bona ba khaola makala ’me ba latela Abimeleke. Ba beha makala kamoreng e ka tlas’a ntlo ’me ba e chesa. Kahoo, batho bohle ba tora ea Shikeme ba ile ba shoa. E ne e le banna le basali ba ka bang 1 000.
50 Eaba Abimeleke o ea Thebeze. O ile a hloma litente motseng oa Thebeze, a o loantša ’me a o hapa. 51 Ho ne ho e-na le tora e sirelelitsoeng ka marako bohareng ba motse. Banna le basali bohle hammoho le baeta-pele bohle ba motse ba ne ba balehela moo. Ba ne ba ikoalla ka moo ’me ba hloella holim’a marulelo a tora eo. 52 Joale Abimeleke a ea toreng e le hore a e senye. A ea monyako oa tora eo hore a e chese. 53 Joale e mong oa basali a lahlela tšiloana* hloohong ea Abimeleke ’me a mo pshatla lehata.+ 54 Kapele-pele a bitsa mohlanka ea jereng libetsa tsa hae ’me a re ho eena: “Ntša sabole ea hao ’me u mpolaee e le hore ba se ke ba re ka ’na, ‘O bolailoe ke mosali.’” Mohlanka oa hae a mo hlaba eaba oa shoa.
55 Ha banna ba Iseraele ba bona hore Abimeleke o shoele, kaofela ha bona ba khutlela hae. 56 Kahoo, Molimo a khutlisetsa bobe boo Abimeleke a bo entseng ho ntate oa hae ka hore ebe o ile a bolaea bana babo ba 70.+ 57 Molimo o ile a boela a etsa hore bobe bohle boo banna ba Shikeme ba bo entseng bo khutlele ho bona, kahoo ba tleloa ke bomalimabe ba Jothame+ mora oa Jerubaale.+
10 Ka mor’a Abimeleke, Tola mora oa Pua mora oa Dodo, oa leloko la Isakare a pholosa Iseraele.+ O ne a lula Shamire sebakeng se lithaba sa Efraime. 2 E ile ea e-ba moahloli oa Iseraele ka lilemo tse 23. Ka mor’a moo a shoa eaba o pateloa Shamire.
3 Ka mor’a hae, Jaire oa Mogileade ea e-ba moahloli oa Iseraele ka lilemo tse 22. 4 O ne a e-na le bara ba 30 ’me e mong le e mong a e-na le tonki ea hae le motse oa hae. Le kajeno metse ena e 30 e ntse e bitsoa Havothe-jaire+ ’me e naheng ea Gileade. 5 Ka mor’a moo Jaire a shoa ’me a pateloa Kamone.
6 Baiseraele ba boela ba siteloa Jehova+ ’me ba qala ho rapela melimo ea Baale,+ litšoantšo tsa Ashtorethe, melimo ea Arame,* melimo ea Sidone, melimo ea Moabe,+ melimo ea Baamone+ le melimo ea Bafilista. Ba ile ba tlohela ho sebeletsa Jehova.+ 7 Eaba Jehova o halefela Baiseraele haholo ’me o etsa hore Bafilista le Baamone ba ba laole.*+ 8 Kahoo, ho tloha selemong seo ba hlorisa Baiseraele bohle ba neng ba le ka nģ’ane ho Jordane naheng eo e neng e le ea Baamore e Gileade. Ba ba hlorisa ka lilemo tse 18. 9 Baamone ba ne ba boetse ba tšela Jordane ho ea loantša leloko la Juda, la Benjamine le la Efraime ’me Baiseraele ba ne ba tšoenyehile haholo. 10 Eaba Baiseraele ba kopa Jehova hore a ba thuse,+ ba re: “Molimo oa rona, re u sitetsoe hobane re ile ra u tlohela ’me ra rapela melimo ea Baale.”+
11 Empa Jehova a re ho Baiseraele: “Na ha kea le pholosa ho Baegepeta,+ Baamore,+ Baamone, Bafilista,+ 12 Basidone, Baamaleke le ho Bamidiane ha ba ne ba le hlorisa? Ke ile ka le pholosa ho bona ha le ne le nkopa hore ke le thuse. 13 Empa le ile la tlohela ho ntšebeletsa ’me la sebeletsa melimo e meng.+ Ka lebaka leo nke ke ka le pholosa hape.+ 14 E-eang ho melimo eo le e khethileng ’me le kope thuso ho eona,+ e be eona e le thusang ha le e-na le mathata.”+ 15 Empa Baiseraele ba re ho Jehova: “Re entse sebe. Re fe kotlo efe kapa efe eo u bonang e re loketse. Empa re kopa hore u mpe u re pholose letsatsing lena.” 16 Joale ba tlosa melimo ea bona ea litšoantšo ’me ba sebeletsa Jehova,+ ba etsa joalo ho fihlela a ba utloela bohloko.*+
17 Ka mor’a nako, Baamone+ ba bokella masole a bona ’me ba hloma litente tsa bona Gileade. Baiseraele le bona ba bokella masole a bona ’me ba hloma litente tsa bona Mizpa. 18 Sechaba le likhosana tsa Gileade tsa buisana tsa re: “Ke mang ea tla re etella pele ho ea loantša Baamone?+ Ke eena eo e tla ba morena oa baahi bohle ba Gileade.”
11 Jafeta+ oa Mogileade e ne e le monna ea matla. ’Mè oa hae e ne e le letekatse ’me lebitso la ntate oa hae e le Gileade. 2 Mosali oa Gileade le eena o ile a mo tsoalla bara. Ha bara bao ba se ba holile, ba ile ba leleka Jafeta ’me ba re ho eena: “U ke ke oa fumana lefa linthong tsa ntate oa rona hobane u mora oa mosali e mong.” 3 Kahoo, Jafeta a baleha bana babo ’me a e’o lula naheng ea Tobe. Banna ba sa sebetseng ba tsamaea le Jafeta eaba ba mo sala morao.
4 Ka mor’a nako, Baamone ba loantša Baiseraele.+ 5 Ha Baamone ba loantša Baiseraele, hang-hang baholo ba Gileade ba lata Jafeta naheng ea Tobe. 6 Ba re ho Jafeta: “Tloo ’me u be molaoli oa rona e le hore re loantše Baamone.” 7 Empa Jafeta a re ho baholo ba Gileade: “Na ha se lona ba neng ba ntlhoile eaba le ntebela ntlong ea Ntate?+ Ke hobane’ng ha le tla ho ’na hona joale ha le le mathateng?” 8 Eaba baholo ba Gileade ba re ho Jafeta: “Ke eona ntho e entseng hore re khutlele ho uena. Haeba u ka tsamaea le rona ho e’o loantša Baamone, u tla ba moeta-pele oa baahi bohle ba Gileade.”+ 9 Kahoo, Jafeta a re ho baholo ba Gileade: “Haeba le re ke khutle ke tl’o loantša Baamone ’me Jehova a nthusa ho ba hlola, joale ke tla ba moeta-pele oa lona.” 10 Baholo ba Gileade ba re ho Jafeta: “Jehova e ke e be paki* haeba re sa etse seo u reng re se etse.” 11 Kahoo, Jafeta a tsamaea le baholo ba Gileade ’me sechaba sa mo etsa moeta-pele le molaoli oa sona. Ha Jafeta a le Mizpa, a bolella Jehova seo eena le banna ba Gileade ba lumellaneng ka sona.+
12 Joale Jafeta a romela baromuoa ho morena oa Baamone,+ a re: “Ke u entse’ng? Ke hobane’ng ha u tlile naheng ea ka ho tla ntoantša?” 13 Kahoo, morena oa Baamone a re ho baromuoa ba Jafeta: “Ke hobane Baiseraele ba ile ba nka naha ea ka ha ba tsoa Egepeta.+ Ba e nkile ho tloha Arnone+ ho ea Jaboke le ho ea fihla Jordane.+ Joale, e khutlise ka khotso.” 14 Empa Jafeta a boela a romela baromuoa ho morena oa Baamone 15 hore ba re ho eena:
“Jafeta o re, ‘Baiseraele ha baa nka naha ea Bamoabe+ le naha ea Baamone+ 16 hobane ha Baiseraele ba tsoa Egepeta ba ile ba tsamaea lefeelleng ho ea fihla Leoatleng le Lefubelu+ ’me ba fihla Kadeshe.+ 17 Eaba Baiseraele ba romela baromuoa ho morena oa Edomo+ ba re: “Re kopa u re lumelle hore re fete naheng ea hao” empa morena oa Edomo a hana. Ba ile ba boela ba kopa morena oa Moabe+ empa le eena ha aa ka a lumela. Kahoo, Baiseraele ba ’na ba lula Kadeshe.+ 18 Ha ba ntse ba tsamaea lefeelleng, ha baa ka ba kena naheng ea Edomo+ le naheng ea Moabe.+ Ba ne ba tsamaea ka bochabela ho naha ea Moabe ’me ba hloma litente tsa bona Arnone. Ha baa ka ba kena Moabe+ hobane Arnone e ne e le moeli oa Moabe.
19 Ka mor’a moo, Baiseraele ba romela baromuoa ho Sihone morena oa Baamore, ea neng a busa Heshbone ’me Baiseraele ba re ho eena: “Re kopa u re lumelle hore re fete naheng ea hao re ee ha habo rona.”+ 20 Empa Sihone o ne a sa tšepe Baiseraele. Kahoo, ha aa ka a ba lumella hore ba fete naheng ea hae. Eaba Sihone o bokella masole a hae ’ohle, a hloma litente Jahaze ’me a loantša Baiseraele.+ 21 Joale Jehova Molimo oa Iseraele a thusa Baiseraele hore ba hlole Sihone le masole a hae ’ohle ’me ba hapa naha eohle eo Baamore ba neng ba lula ho eona.+ 22 Kahoo, ba hapa naha eohle ea Baamore ho tloha Arnone ho ea Jaboke le ho tloha lefeelleng ho ea fihla Jordane.+
23 Jehova Molimo oa Iseraele ke eena ea ileng a leleka Baamore naheng ena, a e fa sechaba sa hae sa Baiseraele,+ joale na u batla ho ba leleka? 24 Na ha le nke ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo molimo oa lona Kemoshe+ a le fang eona? Kahoo, le rona re tla nka naha leha e le efe eo Jehova Molimo oa rona a re fang eona.+ 25 Joale na u molemo ho feta Balake+ mora oa Zipore morena oa Moabe? Na Balake o kile a ngangisana le Baiseraele kapa na o kile a ba loantša? 26 Ke hobane’ng ha u sa ka oa khutlisa Baiseraele nakong eo ba neng ba lula Heshbone le metseng e haufi*+ le eona le Aroere le metseng e haufi le eona le metseng eohle e mabopong a Arnone ka lilemo tse 300?+ 27 U etsa phoso ka ho ntoantša hobane ha kea u siteloa. Jehova Moahloli+ e ke e be eena ea ahlolang kajeno pakeng tsa sechaba sa Iseraele le sechaba sa Amone.’”
28 Empa Morena oa Baamone ha aa ka a mamela molaetsa oo Jafeta a neng a mo romeletse oona.
29 Jehova a fa Jafeta moea oa hae o halalelang+ ’me Jafeta a feta naheng ea Gileade le ea Manase ho ea naheng ea Mizpe e Gileade.+ A tloha Mizpe e Gileade a fihla ho Baamone.
30 Joale Jafeta a ikana+ ho Jehova, a re: “Haeba u ka nthusa hore ke hlole Baamone, 31 mang kapa mang ea tla tsoa monyako oa ntlo ea ka ho tla nkhahlanyetsa ha ke khutla ke hlotse Baamone, e tla ba oa hao Jehova+ ’me ke tla u fa eena e le nyehelo ea secheso.”+
32 Kahoo, Jafeta a ea ho ea loantša Baamone ’me Jehova a mo thusa hore a ba hlole. 33 O ile a ba bolaea ka bongata metseng e 20 kaofela, ho tloha Aroere ho ea fihla Minithe le ho ea fihla Abele-keramime. Kahoo, Baamone ba ile ba hloloa ke Baiseraele.
34 Joale Jafeta a khutlela ha hae Mizpa+ ’me morali oa hae a tsoa ho ea mo khahlanyetsa, a letsa moropa o monyenyane a bile a tantša. E ne e le eena feela ngoana oa hae. Ntle ho eena o ne a se na mora kapa morali. 35 Eitse ha a mo bona, a tabola liaparo tsa hae ’me a re: “Jo! morali oa ka! U nkutloisitse bohloko* hobane ke tl’o fana ka uena. Ke entse kano ho Jehova ’me nke ke ka khona ho e fetohela.”+
36 Empa a re ho eena: “Ntate, haeba u entse kano ho Jehova, etsa seo u mo tšepisitseng sona+ hobane Jehova o u thusitse hore u hlole lira tsa hao e leng Baamone.” 37 A tsoela pele ho re ho eena: “Ke kopa ntho e le ’ngoe feela: Ntumelle hore ke e’o qeta likhoeli tse peli ke le lithabeng le metsoalle ea ka ea banana ’me ke llele boroetsana ba ka.”*
38 Eaba ntate oa hae o re: “U ka tsamaea.” Joale a mo lumella hore a tsamaee ka likhoeli tse peli ’me a ea lithabeng le metsoalle ea hae ho ea llela boroetsana ba hae. 39 Ha likhoeli tse peli li fela, o ile a khutlela ho ntate oa hae. Ka mor’a moo, ntate oa hae a phethahatsa kano eo a neng a e entse ka eena.+ Ha ho mohla a kileng a etsa thobalano le monna. Joale ho ile ha e-ba le tloaelo* Iseraele, 40 ea hore selemo le selemo banana ba Iseraele ba chakele morali oa Jafeta Mogileade, matsatsi a mane ka selemo ho ea mo khothatsa.*
12 Banna ba Efraime ba bitsoa ’me ba tšelela Zafone* eaba ba re ho Jafeta: “Ke hobane’ng ha u sa ka oa re bitsa ha u ne u e’o loantša Baamone?+ Re tla u cheseletsa le ntlo ea hao.” 2 Empa Jafeta a re ho bona: “ ’Na le sechaba sa ka re ile ra loana ntoa e tšabehang le Baamone. Ke ile ka kopa hore le nthuse empa ha lea ka la mpholosa. 3 Ha ke bona hore le ke ke la mpholosa, ke ile ka etsa qeto ea ho beha bophelo ba ka kotsing ka hore ke e’o loantša Baamone+ ’me Jehova a nthusa hore ke ba hlole. Joale ke hobane’ng ha le tlile kajeno ho tla ntoantša?”
4 Eaba Jafeta o bokella banna bohle ba Gileade+ ’me ba loantša Baefraime. Banna ba Gileade ba hlola Baefraime, ba ileng ba re: “Le hoja lona Bagileade le lula naheng ea Efraime le ea Manase, le mpa le le batho ba balehileng naheng ea Efraime.” 5 Bagileade ba ile ba hapa maliboho a Jordane+ a ka pel’a Baefraime ’me ha monna oa Moefraime a ne a leka bo baleha o ne a re: “Ke kopa ho tšela,” ebe banna ba Gileade baa mo botsa ba re: “Na u Moefraime?” Haeba a ne a re: “Che,” 6 ba ne ba re ho eena: “Re kopa u re Shibolethe.” Empa o ne a re: “Sibolethe” hobane o ne a sa khone ho bitsa lentsoe leo hantle. Joale ba ne ba mo tšoara ’me ba mo bolaela malibohong a Jordane. Kahoo, Baefraime ba 42 000 ba ile ba bolaoa ka nako eo.
7 Jafeta ea e-ba moahloli oa Iseraele ka lilemo tse tšeletseng. Ka mor’a moo, Jafeta Mogileade a shoa ’me a pateloa motseng oa habo oa Gileade.
8 Ka mor’a hae, Ibzane ea tsoang Bethlehema ea e-ba moahloli oa Iseraele.+ 9 O ne a e-na le bara ba 30 le barali ba 30. O ile a tsamaisa barali ba hae hore ba nyaloe ke banna ba tsoang lelokong le leng ’me o ile a tlisa basali ba 30 hore ba tl’o nyaloa ke bara ba hae. E ile ea e-ba moahloli oa Iseraele ka lilemo tse supileng. 10 Eaba Ibzane oa shoa ’me o pateloa Bethlehema.
11 Ka mor’a hae, Elone oa Mozabulone ea e-ba moahloli oa Iseraele ka lilemo tse leshome. 12 Joale Elone oa Mozabulone a shoa ’me a pateloa Ajalone naheng ea Zabulone.
13 Ka mor’a hae, Abdone mora oa Hilele oa Mopirathone ea e-ba moahloli oa Iseraele. 14 O ne a e-na le bara ba 40 le litloholo tsa bashanyana tse 30 ’me e mong le e mong oa bara ba hae le litloholo tsa hae o ne a e-na le tonki ea hae. E ile ea e-ba moahloli oa Iseraele ka lilemo tse robeli. 15 Joale Abdone mora oa Hilele oa Mopirathone a shoa ’me a pateloa Pirathone naheng ea Efraime, thabeng ea Moamaleke.+
13 Baiseraele ba boela ba siteloa Jehova+ ’me Jehova a ba tlohela hore ba busoe ke Bafilista+ ka lilemo tse 40.
2 Ho ne ho e-na le monna e mong oa Zora,+ ea tsoang lelapeng la Badane,+ lebitso la hae e ne e le Manooa.+ Mosali oa hae o ne a sa khone ho ba le bana.+ 3 Ka mor’a nako, lengeloi la Jehova la hlaha ho mosali oa Manooa ’me la re ho eena: “Le hoja u sa khone ho ba le bana, u tla ima ’me u tsoale mora.+ 4 Kahoo, u etse bonnete ba hore ha u noe veine kapa ntho leha e le efe e tahang.+ U se ke oa ja ntho leha e le efe e sa hloekang.+ 5 U tla ima ’me u be le mora, a se ke a kuta moriri+ oa hae hobane ngoana eo e tla ba Monazari oa Molimo ho tloha ha a hlaha ’me e tla ba eena ea etellang pele ho pholosa Baiseraele ho ba Bafilista.”+
6 Joale mosali eo a tsamaea ’me a re ho monna oa hae: “Mohlanka oa Molimo oa ’nete o ile a tla ho ’na a le joaloka lengeloi la Molimo oa ’nete le khanyang. Ha kea ka ka mo botsa hore na o tsoa hokae le eena ha aa ka a mpolella lebitso la hae.+ 7 Empa o ile a re ho ’na, ‘U tla ima ’me u tsoale mora. Kahoo, u etse bonnete ba hore ha u noe veine kapa ntho leha e le efe e tahang hape u se ke oa ja ntho leha e le efe e sa hloekang hobane ngoana eo e tla ba Monazari oa Molimo ho tloha ha a hlaha ho fihlela a shoa.’”
8 Eaba Manooa o kopa Jehova o re: “Ka kopo Jehova, e-re mohlanka oa Molimo oa ’nete eo u neng u mo rometse a khutle ’me a re bolelle hore na re etse’ng ka ngoana ea tl’o hlaha.” 9 Kahoo, Molimo oa ’nete a etsa seo Manooa a se kopileng ’me lengeloi la Molimo oa ’nete la tla ho mosali oa Manooa ha a ntse a lutse masimong. Monna oa hae o ne a le sieo moo. 10 Mosali eo a mathela ho monna oa hae ka potlako ’me a re ho eena: “Monna ea ileng a tla ho ’na letsatsing lane o tlile hape.”+
11 Eaba Manooa o tsamaea le mosali oa hae. Ha a fihla ho monna eo a re ho eena: “Na ke uena ea buileng le mosali oa ka?” Monna eo a re ho eena: “E, ke ’na.” 12 Eaba Manooa o re: “Mantsoe ao u a buileng a ke a phethahale. Ngoana eo o tla phela joang hona mosebetsi oa hae e tla ba ofe?”+ 13 Kahoo, lengeloi la Jehova la re ho Manooa: “Mosali oa hao a qobe ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke itseng a e qobe.+ 14 A se ke a ja ntho leha e le efe e entsoeng ka morara, a se ke a noa veine kapa ntho leha e le efe e tahang+ hape a se ke a ja ntho leha e le efe e sa hloekang.+ A ke a latele litaelo tsohle tseo ke mo laetseng tsona.”
15 Manooa a re ho lengeloi la Jehova: “Re kopa u se ke oa tsamaea e le hore re u hlabele potsanyane.”+ 16 Empa lengeloi la Jehova la re ho Manooa: “Haeba ke sa tsamaee, nke ke ka ja lijo tsa hao empa haeba u batla ho etsetsa Jehova nyehelo ea secheso, u ka e etsa.” Manooa o ne a sa tsebe hore monna eo ke lengeloi la Jehova. 17 Eaba Manooa o re ho lengeloi la Jehova: “Lebitso la hao u mang+ e le hore re tle re u rorise ha mantsoe ao u a buileng a phethahala?” 18 Leha ho le joalo, lengeloi la Jehova la re ho eena: “U se ke oa mpotsa lebitso hobane lea tsoteha.”
19 Joale Manooa a nka potsanyane le nyehelo ea lijo* ’me a etsetsa Jehova nyehelo ka tsona holim’a lefika. Ha Manooa le mosali oa hae ba ntse ba shebile, Molimo o ile a etsa ntho e hlollang. 20 Ha lelakabe la mollo le ntse le nyoloha ho tsoa aletareng ho ea leholimong, lengeloi la Jehova la nyoloha le le ka har’a lelakabe le tsoang aletareng ha Manooa le mosali oa hae ba ntse ba shebeletse. Hang-hang ba khumama.* 21 Lengeloi la Jehova ha lea ka la hlola le hlaha hape ho Manooa le mosali oa hae. Joale Manooa a hlokomela hore e ne e le lengeloi la Jehova.+ 22 Eaba Manooa o re ho mosali oa hae: “Re tl’o shoa hobane re bone Molimo.”+ 23 Empa mosali oa hae a re ho eena: “Haeba Jehova a ne a batla ho re bolaea, a ka be a sa amohela nyehelo ea secheso+ le ea lijo tse tsoang ho rona ebile a ka be a sa re bontša lintho tsena tsohle le ho re bolella tsona.”
24 Hamorao mosali oa Manooa a tsoala mora ’me a mo reha Samsone.+ Ha moshanyana eo a ntse a hola, Jehova a ’na a mo hlohonolofatsa. 25 Ka mor’a nako, moea oa Jehova oa qala ho sebetsa+ ho Samsone ha a le Mahane-dane+ e pakeng tsa Zora le Eshtaole.+
14 Joale Samsone a ea Timna ’me ha a le moo a bona mosali oa Mofilista. 2 Eaba o ea ho batsoali ba hae o re: “Ke khahliloe ke mosali oa Mofilista motseng oa Timna, ntateleng eena hore e tl’o ba mosali oa ka.” 3 Empa batsoali ba hae ba re ho eena: “Na u ke ke oa fumana mosali lelokong la heno kapa sechabeng sa habo rona?+ Ke hobane’ng ha u nyala mosali ho Bafilista ba sa bollang?” Empa Samsone a re ho ntate oa hae: “Ntatele eena hobane ke eena ea ntoketseng.” 4 Batsoali ba hae ba ne ba sa hlokomele hore qeto ea hae e susumetsoa ke Jehova hobane o* ne a batla monyetla oa ho loantša Bafilista kaha e ne e le bona ba neng ba busa Iseraele ka nako eo.+
5 Eaba Samsone o ea Timna le batsoali ba hae. Ha a fihla lirapeng tsa morara tsa Timna, tau* ea tla e puruma ho eena. 6 Eaba moea o halalelang oa Jehova o mo fa matla.+ A e arola likoto tse peli feela joalokaha motho a ka arola potsanyane likoto tse peli ka matsoho a hae. Empa ha aa ka a bolella batsoali ba hae seo a se entseng. 7 Eaba Samsone o theohela Timna ’me o bua le mosali eo hobane e ne e ntse e le eena ea mo loketseng.+
8 Ka mor’a nako ha a khutlela ho eena ho ea mo nyala,+ o ile a kheloha tsela ho ea sheba setopo sa tau ’me a fumana se e-na le linotši tse ngata le mahe a linotši. 9 Kahoo, a horula mahe ao a linotši ka matsoho ’me a tsamaea a ntse a a ja. Ha a kopana le batsoali ba hae, a ba fa mahe a mang a linotši hore ba a je. Empa a se ke a ba bolella hore o nkile mahe ao a linotši setopong sa tau.
10 Ntate oa hae a ea ho mosali eo ’me Samsone a etsa mokete moo hobane bahlankana ba ne ba tloaetse ho etsa joalo. 11 Ha ba mo bona, ba tlisa bahlankana ba 30 ba baetsana hore ba tsamaee le eena. 12 Eaba Samsone o re ho bona: “E-reng ke le bolelle selotho. Haeba le ka se rarolla nakong ea matsatsi a supileng a mokete ’me la mpha karabo, ke tla le fa liaparo tsa line tse 30 le liaparo tse ling tse ntle tse 30. 13 Empa haeba le sa khone ho mpha karabo, le tla mpha liaparo tsa line tse 30 le liaparo tse ling tse ntle tse 30.” Eaba ba re ho eena: “Re bolelle selotho sa hao, re batla ho se utloa.” 14 Eaba o re ho bona:
“Ho se jang ho tsoile se jeoang,
Ho se matla ho tsoile se monate.”+
Ho ile ha feta matsatsi a mararo ba sa khone ho rarolla selotho seo. 15 Ka letsatsi la bone, ba re ho mosali oa Samsone: “Qhekella monna oa hao+ e le hore a re bolelle karabo ea selotho. Ho seng joalo re tla u chesa re be re chese le ntlo ea ntate oa hao. Na le re memetse moo e le hore le tl’o nka lintho tsa rona?” 16 Kahoo, mosali oa Samsone a mo llela ’me a re ho eena: “E tlameha ebe u ntlhoile, ha u nthate.+ U boleletse batho ba heso selotho empa ha oa mpolella karabo ea sona.” Samsone a re ho eena: “Ke hobane’ng ha ke lokela ho u bolella sona empa ke sa se bolella esita le batsoali ba ka?” 17 Empa a ’na a mo llela ka matsatsi ’ohle a supileng a mokete. Ka letsatsi la bosupa a qetella a mo boleletse hobane o ne a mo emeletse. Eaba mosali eo o bolella batho ba habo karabo ea selotho seo.+ 18 Kahoo, ka letsatsi la bosupa pele letsatsi le likela,* banna ba motse ba re ho eena:
“Ke eng e monate ho feta mahe a linotši?
Ke eng e matla ho feta tau?”+
Samsone a ba araba a re:
“Haeba le ne le sa lema ka khomo ea ka e nyenyane,+
Le ka be le sa khona ho rarolla selotho sa ka.”
19 Eaba moea o halalelang oa Jehova o mo fa matla.+ Kahoo, a ea Ashkelone+ ’me a bolaea banna 30 ba moo, a ba nkela liaparo ’me a li fa batho ba neng ba arabile selotho.+ Samsone o ne a halefile haholo ha a khutlela ntlong ea ntate oa hae.
20 Eaba mosali oa Samsone+ o fuoa e mong oa banna ba neng ba tsamaea le Samsone e le baetsana ba hae.+
15 Ka mor’a nako, nakong ea ha ho kotuloa koro, Samsone a chakela mosali oa hae a nkile potsanyane. A re: “Ekare nka ea ho mosali oa ka ka kamoreng ea ho robala.”* Empa ntate oa mosali oa hae ha aa ka a mo lumella. 2 Ntate oa mosali oa hae a re: “Ke ile ka ipolella hore, ‘E tlameha ebe u mo hloile.’+ Kahoo, ke ile ka mo fa e mong oa bahlankana bao e neng e le baetsana ba hao.+ Na ngoan’abo ha a motle ho mo feta? Ke kopa u nke eena.” 3 Leha ho le joalo, Samsone a re ho eena: “Lekhetlong lena Bafilista ba ke ke ba mpeha molato ka ho ba lematsa.”
4 Kahoo, Samsone a tsamaea ’me a tšoasa liphokojoe tse 300. A nka mabone,* a nka le liphokojoe ka bobeli a faseletsa mohatla oa e ’ngoe mohatleng oa e ’ngoe ’me a kenya lebone pakeng tsa mehatla eo. 5 Eaba o hotetsa mabone ’me o romela liphokojoe masimong a Bafilista a sa kotuloang. A chesa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho tloha lijong tse bokeletsoeng ho ea lijong tse sa kotuloang hammoho le lirapa tsa morara le meru ea mohloaare.
6 Bafilista ba botsa ba re: “Ke mang ea entseng tjee?” Eaba ho thoe ho bona: “Ke Samsone mokhoenyana oa monna oa Motimna hobane o ile a fana ka morali oa hae e leng mosali oa Samsone ho moetsana oa Samsone.”+ Kahoo, Bafilista ba ea ho ea chesa mosali oa Samsone le ntate oa hae.+ 7 Eaba Samsone o re ho bona: “Haeba ena ke tsela eo le etsang lintho ka eona, nke ke ka le tlohela ho fihlela ke iphetelitse.”+ 8 Eaba o bolaea batho ba bangata. Ka mor’a moo, a theohela lehaheng le lefikeng la Etame a lula teng.
9 Hamorao Bafilista ba tla ’me ba hloma litente Juda ’me ba ’na ba potoloha motse oa Lehi.+ 10 Eaba banna ba Juda ba re: “Ke hobane’ng ha le re hlasela?” Bafilista ba araba ba re: “Re tl’o tšoara* Samsone, ho mo etsa feela joalokaha a re entse.” 11 Kahoo, banna ba 3 000 ba Juda ba ea lehaheng le lefikeng la Etame ’me ba re ho Samsone: “Na ha u tsebe hore Bafilista baa re busa?+ Joale ke hobane’ng ha u re entse tjee?” Eaba o re bo bona: “Ke ba entse feela joalokaha ba nkentse.” 12 Empa ba re ho eena: “Re tlile mona ho tla u tšoara* le ho fana ka uena ho Bafilista.” Eaba Samsone o re ho bona: “Ntšepiseng hore le ke ke la ’ntša kotsi.” 13 Eaba ba re ho eena: “Re ke ke ra u bolaea, re tla u tlama feela ’me re fane ka uena ho Bafilista.”
Kahoo, ba mo tlama ka liropo tse peli tse ncha ’me ba nyoloha le eena ho tloha lefikeng. 14 Ha a fihla Lehi, Bafilista ba hoeletsa ka thabo ha ba mo bona. Eaba moea o halalelang oa Jehova o mo fa matla.+ Liropo tseo ba mo tlammeng matsoho ka tsona tsa ba joaloka likhoele tsa line tse chesitsoeng eaba lia fasoloha.+ 15 A fumana lesapo la mohlahare oa tonki e tona e sa tsoa shoa, a le nka ’me a bolaea banna ba 1 000 ka lona.+ 16 Joale Samsone a re:
“Ke bolaile lira ka lesapo la mohlahare oa tonki ’me ka li bokella ka etsa li qubu.
Ke bolaile banna ba 1 000 ka lesapo la mohlahare oa tonki.”+
17 Ha a qetile ho bua, a lahla lesapo leo la mohlahare ’me a bitsa sebaka seo Ramathe-lehi.*+ 18 Joale a nyoroa haholo, eaba o re ho Jehova: “Ke uena ea thusitseng mohlanka oa hao hore a hlole. Empa na u tla ntumella hore ke shoe ke lenyora ’me ke oele matsohong a banna ba sa bollang?” 19 Joale Molimo a bula mokoti o neng o le Lehi ’me metsi a tsoa ho oona.+ Ha a noa metsi, a boela a ba le matla. Ke ka lebaka leo a ileng a bitsa sebaka seo Ene-hakore* ’me se ntse se le Lehi le kajeno.
20 E ile ea e-ba moahloli oa Iseraele ka lilemo tse 20 nakong ea ha ho ne ho busa Bafilista.+
16 Ka nako e ’ngoe, Samsone a ea Gaza eaba o bona mosali oa letekatse moo ’me a ea ntlong ea hae. 2 Bagaza ba fumana tlaleho ea hore Samsone o teng. Ba pota-pota motse oo a neng a le ho oona ’me ba mo lalla bosiu kaofela keiting ea motse. Ba thola bosiu kaofela ’me ba ipolella ba re: “Hang ha e e-ba hoseng, re tla mo bolaea.”
3 Samsone a robala ho fihlela har’a mpa ea bosiu eaba oa tsoha ’me o ntša mamati a keiti ea motse le lipalo tse peli tse e tšehelitseng. A li jara ’me a nyolohela holim’a thaba e shebaneng le Hebrone.
4 Ka mor’a moo, a khahloa ke mosali e mong Khohlong* ea Soreke ’me lebitso la mosali eo e ne e le Delila.+ 5 Marena a Bafilista a tla ho eena ’me a re: “Mo qhekelle*+ e le hore a u bolelle hore na o fumana matla a hae a maholo hokae le hore na re ka mo tlama joang ’me ra mo hlola. Ha u ka re etsetsa sena, e mong le e mong oa rona o tla u fa likotoana tsa silevera* tse 1 100.”
6 Hamorao Delila a re ho Samsone: “Ke kopa u mpolelle hore na matla a hao a maholo a tsoa hokae le hore na u ka tlangoa ka eng e le hore u hloloe.” 7 Samsone a re ho eena: “Haeba ba ka ntlama ka lithapo tse supileng tse ncha tse e-s’o omisoe, ke tla fokolloa ke matla ’me ke be joaloka banna ba bang.” 8 Kahoo, marena a Bafilista a tlisetsa mosali eo lithapo* tseo tse supileng ’me a tlama Samsone ka tsona. 9 Eaba ba lalla Samsone ka kamoreng e ka hare. Mosali eo a mo hoeletsa a re: “Samsone, Bafilista ke bao!” Eaba o khaola lithapo tseo habonolo feela joaloka khoele ea folakse* ha e utloa mollo.+ Ha ho motho ea ileng a tseba hore na matla a hae a tsoa hokae.
10 Ka mor’a moo, Delila a re ho Samsone: “U bapetse ka ’na ’me u mpolelletse leshano. Joale ke kopa u mpolelle hore na u ka tlangoa ka eng.” 11 Eaba o re ho eena: “Haeba ba ntlama ka lithapo tse ncha tse e-s’o sebetse, ke tla felloa ke matla ke be joaloka monna e mong le e mong.” 12 Delila a nka lithapo tse ncha a mo tlama ka tsona eaba oa mo hoeletsa o re: “Samsone, Bafilista ke bao!” (Ka nako eo ba ne ba ntse ba mo lalletse ka kamoreng e ka hare.) Eaba o khaola lithapo tseo joaloka likhoele matsohong a hae.+
13 Ka mor’a moo, Delila a re ho Samsone: “Le hona joale u ntse u bapala ka ’na ’me u mpolella leshano.+ Mpolelle hore na u ka tlangoa ka eng.” Joale Samsone a re ho eena: “Ke ha u ka loha moriri oa ka lithapo tse supileng ka khoele e lohang.” 14 Kahoo, a li tiisa ka phini ’me a hoeletsa Samsone a re: “Samsone, Bafilista ke bao!” Kahoo, a tsoha ’me a ntša phini eo le khoele e rokang.
15 Delila a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u re oa nthata+ empa u sa ntšepe?* U bapetse ka ’na ka makhetlo ana a mararo ’me ha u e-s’o mpolelle hore na matla ana a hao a maholo a tsoa hokae.”+ 16 Kaha o ne a mo phehella le ho mo tšoenya letsatsi le letsatsi, o ile a fela pelo.+ 17 Qetellong Samsone a bolella Delila se ka pelong ea hae a re: “Ho hang ha ke e-s’o kute moriri oa ka* hobane ke hlahile* ke le Monazari oa Molimo.+ Ha nka kuta, matla a ka a tla fela ’me ke tla fokola ke be joaloka banna ba bang kaofela.”
18 Ha Delila a bona hore o mo boleletse sohle se ka pelong ea hae, ka potlako a bitsa marena a Bafilista+ a re: “Tloong hobane lekhetlong lena o mpoleletse se ka pelong ea hae.” Kahoo, marena a Bafilista a tla ho Delila a tšoere chelete. 19 Delila a robatsa Samsone mangoleng a hae. Eaba o bitsa monna e mong hore a tl’o mo kuta lithapo tse supileng tse hloohong. Ka mor’a moo, a khona ho mo laola hobane matla a hae a ne a felile. 20 Delila a mo hoeletsa a re: “Samsone, Bafilista ke bao!” A tsoha ’me a re: “Ke tla tsoa ’me ke phonyohe joaloka makhetlo a mang.”+ Empa o ne a sa tsebe hore Jehova o mo tlohetse. 21 Kahoo, Bafilista ba mo tšoara ’me ba mo ntša mahlo. Eaba ba mo theolela Gaza ba mo tlama ka liketane tse peli tsa koporo. Ea e-ba eena motho ea silang koro* teronkong. 22 Empa moriri oa hae o ile oa qala ho hola hape ka mor’a hore a kutoe.+
23 Marena a Bafilista a bokana hammoho ho keteka le ho etsetsa molimo oa ’ona Dagone+ sehlabelo se seholo kaha a ne a re: “Molimo oa rona o re thusitse ho hlola sera sa rona e leng Samsone.” 24 Ha batho ba mo bona, ba rorisa molimo oa bona ’me ba re: “Molimo oa rona o re thusitse ho hlola sera sa rona, se hlorisitseng naha ea rona+ le ho bolaea ba bangata ba rona.”+
25 Ba ne ba thabile hoo ba ileng ba re: “Tlisang Samsone hore a tl’o re qabola.” Kahoo, ba ntša Samsone teronkong e le hore a tl’o ba thabisa eaba ba mo emisa pakeng tsa lipilara. 26 Joale Samsone a re ho moshanyana ea neng a mo tšoere ka letsoho: “E-re ke tšoare lipilara tse tšehelitseng ntlo e le hore nka itšetleha ka tsona.” 27 (Ntlo eo e ne e tletse banna le basali. Marena ’ohle a Bafilista a ne a le moo ’me marulelong ho ne ho e-na le banna le basali ba 3 000 ba shebeletseng ha Samsone a ntse a qabola batho.)
28 Joale Samsone+ a hoeletsa ho Jehova a re: “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, ke kopa u nkhopole ’me u ’matlafatse.+ Molimo oa ka, ke kopa u nthuse lekhetlong lena feela hore ke iphetetse ho Bafilista bonyane bakeng sa leihlo le le leng ho a mabeli ao ba a ntšitseng.”+
29 Eaba Samsone o itšoarella ka lipilara tse peli tse mahareng tse neng li tšehelitse ntlo, joale a itšetleha ka tsona a tšoere e ’ngoe ka letsoho le letona ’me e ’ngoe ka letsoho le letšehali. 30 Samsone a hoeletsa a re: “E-re ke shoe le Bafilista!” Eaba o sutumetsa lipilara tseo ka matla a hae kaofela ’me ntlo ea oela holim’a marena le batho bohle ba neng ba le ka har’a eona.+ Kahoo, o ile a bolaea batho ba bangata ho feta bao a ba bolaileng ha a ntse a phela.+
31 Hamorao lelapa lohle la ntate oa hae le bana babo, ba lata setopo sa hae. Ba mo tlisa ’me ba mo patela pakeng tsa Zora+ le Eshtaole, ka lebitleng la ntate oa hae Manooa.+ Samsone e bile moahloli oa Iseraele ka lilemo tse 20.+
17 Joale ho ne ho e-na le monna ea tsoang sebakeng se lithaba sa Efraime+ eo lebitso la hae e neng e le Mikea. 2 A re ho ’mè oa hae: “Likotoana tsa silevera* tse 1 100 tse utsoitsoeng ho uena tseo u ileng oa bitsetsa motho ea li utsoitseng bomalimabe moo ke ntseng ke utloa, ke tsena ho ’na. Ke ’na ea neng a li nkile.” Eaba ’mè oa hae o re: “E se eka Jehova a ka hlohonolofatsa mora oa ka.” 3 Eaba o khutlisetsa likotoana tsa silevera* tse 1 100 ho ’mè oa hae empa ’mè oa hae a re: “Ke tla halaletsa silevera ena e tsoang letsohong la ka ho Jehova e le hore mora oa ka a ka e sebelisetsa ho etsa setšoantšo le seemahale sa tšepe.+ Joale ke tla e khutlisetsa ho uena.”
4 Ka mor’a ho khutlisetsa silevera ho ’mè oa hae, ’mè oa hae a nka likotoana tsa silevera* tse 200 a li neha motho ea etsang lintho tsa silevera. Motho eo a etsa setšoantšo le seemahale sa tšepe* ’me tsa behoa ka tlung ea Mikea. 5 Mikea o ne a e-na le ntlo ea melimo ’me a entse efoda+ le litšoantšo tsa terafime*+ ebile a khethile* e mong oa bara ba hae hore e be moprista oa hae.+ 6 Mehleng eo, ho ne ho se na morena Iseraele.+ Motho e mong le e mong o ne a etsa ntho eo a bonang e nepahetse mahlong a hae.+
7 Joale ho ne ho e-na le mohlankana oa Bethlehema+ e Juda oa lelapa la Juda. E ne e le Molevi+ ’me a lula moo ka nakoana. 8 Monna eo a tloha motseng oa Bethlehema e Juda ho ea batla moo a ka lulang teng. Ha a ntse a tsamaea, a fihla sebakeng se lithaba sa Efraime, ntlong ea Mikea.+ 9 Eaba Mikea o re ho eena: “U tsoa hokae?” A re: “Ke Molevi ea tsoang Bethlehema e Juda, ke ntse ke batlana le sebaka seo nka lulang ho sona.” 10 Kahoo, Mikea a re ho eena: “Lula le ’na ’me u be moeletsi* oa ka le moprista oa ka. Ke tla u fa likotoana tsa silevera* tse leshome ka selemo, liaparo le lijo.” Kahoo Molevi a kena ka tlung. 11 Eaba Molevi o lumela ho lula le Mikea ’me a ba joaloka e mong oa bara ba hae. 12 Ho feta moo, Mikea a khetha* Molevi eo hore e be moprista oa hae+ ’me a lula ntlong ea Mikea. 13 Eaba Mikea o re: “Joale kea tseba hore Jehova o tla ntlhohonolofatsa hobane moprista oa ka ke Molevi.”
18 Mehleng eo ho ne ho se na morena Iseraele.+ Leloko la Badane+ le ne le batla naha eo le ka lulang ho eona hobane le ne le e-s’o fumane lefa la lona har’a meloko ea Baiseraele.+
2 Badane ba romella banna ba bahlano ba tsoang lelokong la bona ho ea hloela naha le ho e hlahloba. E ne e le banna ba matla ba tsoang Zora le Eshtaole.+ Ba re ho bona: “Tsamaeang le e’o hlahloba naha.” Ha ba fihla sebakeng se lithaba sa Efraime ntlong ea Mikea,+ ba robala moo. 3 Ha ba le haufi le ntlo ea Mikea, ba utloa lentsoe la mohlankana oa Molevi eaba ba ea ho eena ba re: “Ke mang ea u tlisitseng moo? U etsa’ng moo? Ke hobane’ng ha u lula moo?” 4 A ba bolella seo Mikea a mo etselitseng sona a re: “O ile a nkhira hore ke be moprista oa hae.”+ 5 Eaba ba re ho eena: “Re kopa u botse Molimo hore na leeto la rona le tla atleha.” 6 Moprista a re ho bona: “Tsamaeang ka khotso. Jehova o na le lona leetong la lona.”
7 Kahoo, banna bao ba bahlano ba tsamaea ’me ba fihla Laishe.+ Ba ile ba bona hore batho ba moo ha baa itšetleha ka batho ba bang feela joalokaha Basidone ba sa itšetleha ka batho ba bang. E ne e le batho ba phelang ka khotso ba sa tšoheng hore ba tla hlaseloa.+ Ho ne ho se na motho ea ba hlaselang ea batlang ho nka naha ea bona. Ba ne ba le hole haholo le Basidone ’me ba ne ba sa sebelisane le batho ba bang.
8 Ha banna bao ba bahlano ba khutlela ho bana ba bo bona ba Zora le Eshtaole,+ bana ba bo bona ba re ho bona: “Le tsamaile joang?” 9 Ba re ho bona: “A re ba hlaseleng hobane re bone hore naha ea bona e ntle haholo. Le sa emetse’ng? Ha re eeng re e’o nka naha eo. 10 Ha re fihla moo, le tla bona hore batho ba moo ha ba tšohe hore ba tla hlaseloa+ ebile naha e kholo. Ke naha e nang le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ’me Molimo o tla re fa eona.”+
11 Joale banna ba 600 ba leloko la Badane, ba tloha Zora le Eshtaole+ ba itokiselitse ntoa. 12 Ba nyoloha ’me ba hloma litente tsa bona Kiriathe-jearime+ e Juda. Ke ka lebaka leo sebaka seo se ka bophirimela ho Kiriathe-jearime se bitsoang Mahane-dane*+ ho fihlela letsatsing lena. 13 Ba tloha moo sebakeng se lithaba sa Efraime ’me ba ea ntlong ea Mikea.+
14 Banna ba bahlano ba ileng ba hloela naha ea Laishe+ ba re ho bana ba bo bona: “Na le ne le tseba hore ka har’a matlo aa ho na le efoda, litšoantšo tsa terafime,* setšoantšo le seemahale sa tšepe?*+ Nahanang hore na re etse’ng.” 15 Ba fihla ntlong ea Mikea moo mohlankana oa Molevi+ a neng a lula teng ’me ba botsa mohlankana eo hore na o ntse a e-ea joang. 16 Nako ena kaofela banna ba 600 ba leloko la Dane+ ba neng ba itokiselitse ntoa, ba ne ba eme keiting. 17 Joale banna ba bahlano ba ileng ba hloela naha+ ba ile ba kena e le hore ba nke setšoantšo se rapeloang, efoda,+ litšoantšo tsa terafime*+ le seemahale sa tšepe.*+ (Moprista+ o ne a eme keiting le banna ba 600 ba neng ba itokiselitse ntoa.) 18 Ba ile ba kena ka tlung ea Mikea ’me ba nka setšoantšo se rapeloang, efoda, litšoantšo tsa terafime* le seemahale sa tšepe.* Eaba Moprista o re ho bona: “Le etsa’ng?” 19 Empa ba re ho eena: “Thola! Beha letsoho la hao molomong ’me u tsamaee le rona e le hore u be moeletsi* oa rona le moprista oa rona. Ha e le ho ba moprista ntlong ea monna a le mong+ e le ho ba moprista oa leloko le oa lelapa lohle Iseraele, ho molemo ke hofe?”+ 20 Kahoo, moprista a thabela seo eaba o nka efoda, litšoantšo tsa terafime* le setšoantšo se rapeloang+ ’me a tsamaea le batho bao.
21 Joale ba tsamaea, ba tsamaisa bana, mehlape ea bona le lintho tsa bona tsa bohlokoa ka pele ho bona. 22 Ha ba le holenyana le ntlo ea Mikea, banna ba lulang pel’a ntlo ea Mikea ba neng ba ikopantse ba lelekisa Badane ’me ba ba fumana. 23 Ha banna bao ba hoeletsa Badane, Badane ba ba hetla eaba ba re ho Mikea: “Bothata ba hao ke bofe? Ke hobane’ng ha le tla le le sehlopha?” 24 Eaba o re: “Le nkile melimo ea ka eo ke e entseng ebile le tsamaile le moprista. Ke salletsoe ke’ng? Joale ke hobane’ng ha le mpotsa le re, ‘Bothata ba hao ke bofe?’” 25 Badane ba re ho eena: “U se ke oa hoeletsa ha u bua le rona, ho seng joalo banna ba halefileng ba ka u otla ’me ba bolaea uena le ba lelapa la hao.” 26 Kahoo, Badane ba tsamaea ’me ha Mikea a bona hore ba matla ho mo feta, a khutlela ntlong ea hae.
27 Ka mor’a hore ba nke moprista oa Mikea le lintho tsohle tseo Mikea a neng a li entse, ba ea Laishe+ ho batho ba phelang ka khotso ba sa tšoheng hore ba tla hlaseloa.+ Ba ba bolaea ka sabole ’me ba chesa motse oo. 28 Ho ne ho se na motho ea ka ba pholosang hobane ba ne ba le hole le Sidone ’me ba ne ba sa sebelisane le batho ba bang. Hape Laishe e ne e le ka har’a khohlo* ea Bethe-rehobe.+ Eaba Badane ba haha motse oo bocha ’me ba lula ho oona. 29 Ho feta moo, ba rehella motse oo ka ntate oa bona Dane+ ea neng a tsoaletsoe Iseraele.+ Empa motse oo pele o ne o bitsoa Laishe.+ 30 Ka mor’a moo, Badane ba iketsetsa setšoantšo se rapeloang.+ Setloholo sa Moshe e leng Jonathane+ mora oa Gershome,+ ea e-ba moprista oa leloko la Badane hammoho le bara ba hae ho fihlela letsatsing leo ka lona baahi ba naha eo ba ileng ba ea botlamuoeng. 31 Eaba ba beha setšoantšo seo Mikea a se entseng e le hore ba se rapele, se ile sa lula moo matsatsi ’ohle ha ntlo ea Molimo oa ’nete e ntse e le Shilo.+
19 Mehleng eo, ha ho ne ho se na morena Iseraele,+ Molevi ea neng a lula sebakeng se ka thoko se lithaba sa Efraime,+ a nka mosali* Bethlehema+ e Juda hore e be mosali oa hae. 2 Empa mosali eo o ne a sa mo tšepahalle, o ile a mo siea a ea ntlong ea ntate oa hae Bethlehema e Juda. A lula moo likhoeli tse ’nè. 3 Joale monna oa hae a mo sala morao ’me a mo phehella hore a khutle, monna eo o ne a tsamaea le mohlanka oa hae le litonki tse ’maloa. Eaba mosali eo o re a kene ka tlung ea ntate oa hae. Ha ntate oa hae a mo bona, o ile a thaba. 4 Kahoo, ntate oa mosali oa hae a mo kopa hore a lule le eena matsatsi a mararo. O ne a robala moo ’me ba ne ba ja ebile ba noa.
5 Ka letsatsi la bone ha ba tsoha hoseng e le hore ba tsamaee, ntate oa mosali eo a re ho mokhoenyana oa hae: “Ja* e le hore u be le matla, ka mor’a moo u ka tsamaea.” 6 Kahoo, ba lula fatše eaba baa ja ’me ba noa hammoho. Ka mor’a moo, ntate oa mosali oa hae a re ho eena: “Ke kopa u robaletse hape ’me u thabele ho ba mona.”* 7 Ha monna eo a re oa tsamaea, ntate oa mosali oa hae a ’na a mo phehella hore a robaletse. Kahoo a robaletsa hape.
8 Ha a tsoha hoseng ka letsatsi la bohlano e le hore a tsamaee, ntate oa mosali oa hae a re ho eena: “Ke kopa u je* e le hore u be le matla.” Ba lula ho fihlela mantsiboea ’me ba ’na ba ja. 9 Ha monna eo a ema le mosali oa hae le mohlanka oa hae a re oa tsamaea, ntate oa mosali oa hae a re ho eena: “Bona e se e le mantsiboea, ke kopa u robaletse. Ho se ho ntse ho e-ba lefifi. Joale robaletsa hape ’me u thabele ho ba mona. Hosane u ka tsoha esale hoseng e le hore u tsamaee u ee ha hao.”* 10 Leha ho le joalo, monna eo o ne a sa batle ho robaletsa hape. Kahoo, a tsamaea a ba a fihla Jebuse, ke ho re, Jerusalema.+ A tsamaea le mosali* oa hae, mohlanka oa hae le litonki tse peli tse seng li lokiselitsoe ho tsamaea.
11 Ha ba le haufi le Jebuse ho ne ho se ho e-ba lefifi. Kahoo, mohlanka a re ho mong’a hae: “Re eme moo motseng oa Bajebuse ’me re robaletse teng?” 12 Empa mong’a hae a re ho eena: “Ha rea lokela ho ema motseng oa balichaba moo ho sa luleng Baiseraele. Re tla tsamaea re be re e’o fihla Gibea.”+ 13 A tsoela pele ho re ho mohlanka oa hae: “Ha re tsamaee re mpe re leke ho fihla ho se seng sa libaka tsena ’me re tla robaletsa Gibea kapa Rama.”+ 14 Kahoo, ba ’na ba tsamaea ’me letsatsi la ba likella ha ba le pel’a Gibea e leng motse oa Benjamine.
15 Eaba ba ema moo ’me ba robaletsa Gibea. Ha ba le ka har’a motse ba lula lebaleng la motse empa ho ne ho se na motho ea reng ba robaletse ha hae.+ 16 Bosiung bona boo, monna-moholo e mong a tla a tsoa masimong. O ne a tsoa sebakeng se lithaba sa Efraime+ ’me o ne a lula Gibea. Empa baahi ba moo e ne e le Babenjamine.+ 17 Ha monna-moholo a bona monna eo lebaleng la motse a re ho eena: “U tsoa hokae ’me u ea hokae?” 18 Monna eo a re: “Re tsoa Bethlehema e Juda, re ea sebakeng se ka thoko se lithaba sa Efraime moo ke tsoang teng. Ke ne ke ile Bethlehema e Juda+ ’me ke ea ntlong ea Jehova* empa ha ho na motho ea nkamohelang ntlong ea hae. 19 Re na le joang le furu tse lekaneng bakeng tsa litonki tsa rona+ ’me ’na, mosali oa ka le mohlanka oa ka re na le veine le bohobe+ bo lekaneng. Re na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e hlokang.” 20 Leha ho le joalo, monna-moholo a re: “E-ba moeti oa ka* ’me ke u fe ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e hlokang empa u se ke oa robala lebaleng.” 21 Kahoo, a mo tlisa ntlong ea hae ’me a fepa litonki.* Ka mor’a moo ba itlhatsoa maoto, ba ja ’me ba noa.
22 Ha ba ntse ba ituletse hamonate, banna ba khopo ba motse ba pota-pota ntlo ’me ba otla lemati. Ba ’na ba re ho mong’a ntlo e leng monna-moholo: “Ntša monna eo ea ka tlung ea hao e le hore re etse thobalano le eena.”+ 23 Eaba mong’a ntlo o tsoela ka ntle ’me o re ho bona: “Che bana beso, ke kopa le se ke la etsa bokhopo bona. Monna enoa ke moeti oa ka. Le se ke la etsa ketso ena e mpe. 24 Nkang morali oa ka oa moroetsana le mosali* oa monna enoa. E-reng ke ba ntše e le hore le ba hlekefetse haeba le batla.+ Empa le se ke la etsa ketso ena e mpe ho monna enoa.”
25 Empa banna bao ha baa ka ba mamela eaba monna eo o tšoara mosali* oa hae+ o mo isa ho bona ka ntle. Ba ile ba mo beta le ho mo hlekefetsa bosiu kaofela ho fihlela hoseng. Eitse ha e e-ba hoseng, ba re a tsamaee. 26 Hoseng mosali eo a tla ’me a oela monyako oa ntlo ea monna-moholo moo monna oa hae* a neng a robetse teng, haesale a oela moo ho fihlela ho khanya. 27 Ha monna oa hae a tsoha hoseng ’me a bula mamati a ntlo e le hore a tsamaee, a fumana mosali oa hae a oele monyako oa ntlo ’me matsoho a hae a le fatše monyako. 28 Eaba monna eo o re ho eena: “Ema re tsamaee.” Empa o ne a thotse. Joale monna eo a mo beha holim’a tonki ’me ba tsamaea ho ea hae.
29 Ha a fihla ha hae, a nka thipa e selakhang ’me a khaola setopo sa mosali oa hae likotoana tse 12 eaba o romela sekotoana se seng le se seng motseng o mong le o mong oa Iseraele. 30 Batho bohle ba boneng likotoana tseo ba re: “Ntho e tjena ha e e-s’o etsahale kapa hona ho bonoa ho tloha letsatsing leo Baiseraele ba neng ba tsoa naheng ea Egepeta ho fihlela letsatsing lena. E hlahlobeng, le etse qeto+ ’me le re bolelle hore na re etse’ng.”
20 Ka lebaka leo, Baiseraele bohle ba tloha Dane+ le naheng ea Gileade+ ’me ba theohela Beersheba eaba ba bokana hammoho* ka pel’a Jehova Mizpa.+ 2 Kahoo, marena a sechaba le a maloko ’ohle a Iseraele a itlhahisa ka pel’a phutheho ea sechaba sa Molimo. Ho ne ho e-na le masole a nkileng lisabole a 400 000.+
3 Babenjamine ba utloa hore banna ba Iseraele ba nyolohetse Mizpa.
Banna ba Iseraele ba re: “Re bolelle hore na ntho ena e mpe e etsahetse joang?”+ 4 Joale monna oa Molevi+ e leng monna oa mosali ea bolailoeng a araba a re: “Ke ile ka fihla Gibea+ ea Benjamine le mosali* oa ka e le hore re robaletse teng. 5 Banna* ba Gibea ba ne ba ntlhasela ’me ba pota-potile ntlo bosiu. Ba ne ba batla ho mpolaea empa ba ile ba beta mosali* oa ka ’me a shoa.+ 6 Kahoo, ka nka setopo sa mosali* oa ka ka se khaola likotoana eaba ke li isa motseng o mong le o mong oa Iseraele+ hobane ba ne ba entse ketso e soabisang le e hlabisang lihlong Iseraele. 7 Joale lona sechaba sa Iseraele, fanang ka keletso ’me le bolele hore na ho etsoe’ng tabeng+ ena.”
8 Joale sechaba sa ema hammoho* eaba se re: “Ha ho le ea mong oa rona ea tla ea tenteng ea hae kapa ea tla khutlela ntlong ea hae. 9 Re tla etsa tjena ka naha ea Gibea: Re tla khetha banna ka lotho ba tla ea ho ea e loantša.+ 10 Malokong ’ohle a Iseraele re tla nka banna ba leshome ho ba 100, ba 100 ho ba 1 000 le ba 1 000 ho ba 10 000 hore ba batlele masole mofaho e le hore ba ka loantša Gibea ea Babenjamine ka lebaka la ketso e hlabisang lihlong eo ba e entseng ho Iseraele.” 11 Kahoo, banna bohle ba Iseraele ba bokana hammoho* ho loantša motse oo.
12 Eaba maloko ’ohle a Iseraele a romela banna ho banna bohle ba leloko la Benjamine a re: “Ntho ena e mpe e etsahetseng har’a lona ke’ng? 13 Joale tlisang banna bao ba Gibea+ ba se nang thuso e le hore re ka ba bolaea ’me ra tlosa se sebe Iseraele.”+ Empa Babenjamine ba hana ho mamela bana ba bo bona ba Iseraele.
14 Kahoo, Babenjamine ba bokana ka ntle ho metse ea Gibea hore ba e’o loantša banna ba Iseraele. 15 Ka letsatsi leo, Babenjamine ba bokella banna ba 26 000 ba tšoereng lisabole ho tsoa metseng ea bona, ntle ho banna ba Gibea ba 700 ba khethiloeng. 16 Har’a banna bana ho ne ho e-na le ba 700 ba khethiloeng ba neng ba sebelisa letsoho la leqele.* E mong le e mong oa banna bao o ne a khona ho otla esita le ntho e bosesaane ba moriri ka letjeketjane a sa e fose.
17 Banna ba Iseraele ba bokella banna ba 400 000 ka ntle ho Babenjamine, ba neng ba tšoere lisabole+ ’me e mong le e mong oa banna bao o ne a tseba ho loana. 18 Baiseraele ba nyolohela Bethele ho ea kopa tataiso ho Molimo.+ Eaba ba re ho eena: “Ke mang ea lokelang ho re etella pele ha re e’o loantša Babenjamine?” Jehova a re: “Juda ke eena ea tla le etella pele.”
19 Ka mor’a moo, Baiseraele ba tsoha esale hoseng eaba ba hloma litente tsa bona pel’a Gibea e le hore ba e loantše.
20 Joale banna ba Iseraele ba itokisetsa ho ea loana eaba ba ea ho Babenjamine ho ea ba loantša Gibea. 21 Kahoo, Babenjamine ba fihla ba tsoa Gibea ’me ba bolaea banna ba Iseraele ba 22 000 letsatsing leo. 22 Leha ho le joalo, banna ba Iseraele ba e-ba sebete eaba ba itokisetsa ho ea loana hape sebakeng seo ba loanetseng ho sona ka letsatsi la pele. 23 Baiseraele ba nyolohela Bethele ba lla ka pel’a Jehova ho fihlela mantsiboea ’me ba botsa Jehova ba re: “Na re lokela ho ea loantša bana ba bo rona ba Babenjamine hape?”+ Eaba Jehova o re: “E-eang le e’o ba loantša.”
24 Kahoo, ka letsatsi la bobeli Baiseraele ba ea haufi le Babenjamine. 25 Eaba Babenjamine ba tsoa Gibea ho ea kopana le bona ka letsatsi la bobeli ’me ba bolaea Baiseraele ba bang ba 18 000+ ba nkileng lisabole. 26 Eaba banna bohle ba Iseraele ba nyolohela Bethele. Ba lula moo ka pel’a Jehova,+ ba lla ’me ba itima lijo+ letsatsing leo ho fihlela mantsiboea eaba ba etsetsa Jehova linyehelo tsa secheso+ le linyehelo tse kopanetsoeng.+ 27 Ka mor’a moo, banna ba Iseraele ba kopa tataiso ho Jehova+ kaha areka ea selekane ea Molimo oa ’nete e ne e le moo mehleng eo. 28 Joale Finease+ mora oa Eleazare, eo ntate oa hae e leng Arone, o ne a sebeletsa* ka pel’a areka mehleng eo. A botsa a re: “Na re lokela ho ea loantša bana ba bo rona ba Babenjamine hape kapa re tlohele?”+ Jehova a re: “Tsamaeang hobane hosane ke tla le thusa hore le ba hlole.” 29 Banna ba Baiseraele ba lalla+ motse oa Gibea ba o pota-potile.
30 Baiseraele ba ea ho ea loantša Babenjamine ka letsatsi la boraro eaba ba itokisetsa ho loantša motse oa Gibea joaloka makhetlo a mang a fetileng.+ 31 Ha Babenjamine ba ea ho ea kopana le banna ba Baiseraele, Baiseraele ba ile ba ba hulela hole le motse.+ Joaloka makhetlong a mang, Babenjamine ba qala ho hlasela le ho bolaea banna ba bang litseleng tse kholo. E ’ngoe ea litsela tseo ke e eang Bethele ’me e ’ngoe ke e eang Gibea, ba ile ba bolaea banna ba ka bang ba 30 ba Iseraele haufi le litsela tseo.+ 32 Eaba Babenjamine ba re: “Re ba hlola hape joaloka pele.”+ Empa Baiseraele ba re: “Re tla baleha ’me re etse hore ba tlohe motseng ba ee litseleng tse kholo.” 33 Kahoo, banna bohle ba Iseraele ba ea Baale-tamare ’me ba itokisetsa ho loana. Baiseraele ba neng ba lalletse Gibea ba tsoa moo ba neng ba ipatile teng. 34 Kahoo, banna ba Iseraele ba 10 000 ba khethiloeng ba tla Gibea. Ntoa e ne e le mpe haholo. Empa Babenjamine ba ne ba sa tsebe tlokotsi e ba tlelang.
35 Jehova a hlola Babenjamine+ bakeng sa Baiseraele ’me letsatsing leo Baiseraele ba bolaea banna ba Benjamine ba 25 100 e leng banna bohle ba neng ba nkile lisabole.+
36 Leha ho le joalo, Babenjamine ba ne ba nahana hore ba tla hlola banna ba Iseraele hobane Baiseraele ba ile ba baleha+ empa Baiserale ba ile ba baleha hobane ba ne ba tšepile banna ba lalletseng ba neng ba ipatile Gibea.+ 37 Joale banna ba neng ba lalletse motse oa Gibea ba potlakela ho oona. Ba hlasela motse eaba ba bolaea batho.
38 Joale banna ba Iseraele ba buisana le banna ba neng ba lalletse motse hore hang ha ba kene motseng, ba etse mosi e le letšoao.
39 Ha Baiseraele ba baleha ntoeng, banna ba Benjamine ba qala ho ba hlasela ’me ba bolaea banna ba bang ba 30 ba Iseraele+ eaba ba re: “Ho hlakile hore re tl’o ba hlola hape joaloka lekhetlong le fetileng.”+ 40 Empa mosi o mongata oa nyoloha motseng e le letšoao. Ha banna ba Benjamine ba hetla, ba bona mosi o nyoloha o hlaha motseng. 41 Eaba banna ba Iseraele baa khutla ’me ba hlasela Babenjamine. Banna ba Benjamine ba ile ba nyahama hobane ba ne ba bona hore ba tl’o hloloa. 42 Kahoo, ba ile ba baleha banna ba Iseraele ’me ba balehela ho elella lefeelleng empa banna ba Baiseraele ba ’na ba ba latella. Banna ba tsoang motseng le bona ba ba thusa ho bolaea Babenjamine. 43 Ba ile ba pota-pota Babenjamine ’me ba ba lelekisa ba sa khaotse. Ba ile ba ba bolaela ka pel’a Gibea ho elella ka bochabela. 44 Qetellong ha shoa banna ba 18 000 ba Babenjamine e leng banna bohle ba matla.+
45 Banna ba Babenjamine ba balehela lefeelleng lefikeng la Rimone.+ Baiseraele ba ile ba bolaea Babenjamine ba 5 000 litseleng tse kholo ’me ba ’na ba ba lelekisa ho ea fihla Gidome. Kahoo, ba bolaea banna ba bang ba 2 000. 46 Letsatsing leo, ho ile ha shoa banna bohle ba Benjamine ba matla ba 25 000 ba tšoereng lisabole.+ 47 Empa ba 600 ba ile ba balehela lefeelleng lefikeng la Rimone ’me ba ile ba lula moo likhoeli tse ’nè.
48 Banna ba Iseraele ba khutlela ho Babenjamine ba motseng ’me ba ba bolaea ka sabole, ba bolaea batho le mehlape le lintho tsohle tse setseng. Hape ba ile ba chesa metse eohle eo ba ileng ba fihla ho eona.
21 Joale banna ba Iseraele ba ne ba entse kano ena Mizpa:+ “Ha ho le ea mong oa rona ea tla fana ka morali oa hae hore e be mosali oa monna oa Mobenjamine.”+ 2 Ka lebaka leo, Baiseraele ba ea Bethele+ ’me ba lula moo ka pel’a Molimo oa ’nete ho fihlela mantsiboea, ba ne ba lla haholo. 3 Ba ne ba re: “Jehova Molimo oa Iseraele, ke hobane’ng ha ntho e tjee e etsahetse Iseraele? Ke hobane’ng ha moloko o mong o lokela ho felisoa kajeno Iseraele?” 4 Eaba letsatsing le latelang batho ba tsoha esale hoseng ’me ba haha aletare moo e le hore ba fane ka linyehelo tsa secheso le linyehelo tse kopanetsoeng.+
5 Joale sechaba sa Iseraele sa re: “Ke mang malokong ’ohle a Iseraele ea sa bokanang le rona ka pel’a Jehova?” Ba ne ba entse kano e tebileng ea hore mang kapa mang ea sa tleng ka pel’a Jehova Mizpa a bolaoe. 6 Kahoo, Baiseraele ba utloa bohloko haholo ka lebaka la se etsahalletseng bana ba bo bona ba Babenjamine. Ba ile ba re: “Kajeno moloko o le mong o felisitsoe Iseraele. 7 Re tla etsa’ng e le hore re fe Babenjamine ba setseng basali kaha joale re se re entse kano ho Jehova+ hore re ke ke ra ba fa barali ba rona hore e be basali ba bona?”+
8 Ba botsa ba re: “Ke mang malokong a Iseraele ea sa nyolohelang Mizpa ho Jehova?”+ Ba ile ba hlokomela hore ha ho motho le ea mong ea tsoang Jabeshe-gileade ea tlileng tenteng moo Baiseraele ba neng ba bokane teng. 9 Ha batho ba baloa, ba ile ba bona hore ha ho motho le ea mong ea tsoang Jabeshe-gileade ea teng. 10 Kahoo, Baiseraele bao ba romella banna ba 12 000 ba matla ka ho fetisisa. Ba ba laela ba re: “Tsamaeang ’me le e’o bolaea baahi ba Jabeshe-gileade ka sabole hammoho le basali le bana.+ 11 Le etse tjena: Le bolaee monna e mong le e mong le mosali e mong le e mong ea kileng a etsa thobalano le monna.” 12 Har’a baahi ba Jabeshe-gileade, ho ne ho e-na le baroetsana ba 400 ba e-s’o kang ba etsa thobalano. Eaba ba ba tlisa litenteng tse Shilo,+ e naheng ea Kanana.
13 Eaba Baiseraele bohle ba romela molaetsa oa ho bopa khotso le Babenjamine ba neng ba le lefikeng la Rimone.+ 14 Kahoo, Babenjamine ba khutla ka nako eo. Baiseraele ba ile ba fa Babenjamine basali ba Jabeshe-gileade+ bao ba sa kang ba ba bolaea empa ba ne ba sa lekane Babenjamine. 15 Baiseraele ba utloa bohloko ka lebaka la se etsahalletseng Babenjamine+ hobane Jehova o ne a arohantse meloko ea Iseraele. 16 Eaba baholo ba Iseraele ba re: “Re lokela ho etsa’ng e le hore re fumanele banna ba setseng basali hobane basali kaofela ba Benjamine ba bolailoe?” 17 Ba tsoela pele ho re: “Babenjamine ba phonyohileng ba lokela hore ba ’ne ba be le lefa e le hore leloko la bona le se ke la felisoa Iseraele. 18 Empa ha rea lumelloa ho ba fa barali ba rona hore e be basali ba bona hobane Baiseraele ba entse kano ba re: ‘Ho malimabe motho ea fang Babenjamine mosali.’”+
19 Baholo ba boela ba re: “Ho na le mokete oa Jehova selemo le selemo Shilo+ e ka leboea ho Bethele, ka bochabela ho tsela e kholo e nyolohang Bethele e eang Shikeme, ka boroa ho Lebona.” 20 Eaba ba laela banna ba Benjamine ba re: “Tsamaeang ’me le lalle lirapeng tsa morara. 21 Ha le bona barali* ba motse oa Shilo ba tsoa ho tla tantša, e mong le e mong oa lona a tsoe masimong a morara ’me a inkele mosali ho barali ba Shilo ’me ka mor’a moo le khutlele naheng ea Babenjamine. 22 Haeba bo-ntate ba bona kapa bana ba bo bona ba tla ’me ba re qosa, re tla re ho bona, ‘Re hauheleng ha re thusitse Babenjamine hobane ha rea fumana basali ba lekaneng bakeng sa bona ntoeng.+ Hape le lona le ne le tla ba molato haeba le ne le ka ba fa barali ba lona hore e be basali ba bona.’”+
23 Kahoo, banna ba Benjamine ba etsa feela joalo, e mong le e mong a inkela mosali ho basali ba neng ba tantša. Ka mor’a moo, ba khutlela naheng eo e leng lefa la bona ’me ba haha metse ea bona bocha+ eaba ba lula ho eona.
24 Ka nako eo Baiseraele ba arohana, e mong le e mong a khutlela lelokong la hae le lelapeng la hae, ba tloha moo ’me e mong le e mong a ea lefeng la hae.
25 Mehleng eo ho ne ho se na morena Iseraele.+ E mong le e mong o ne a iketsetsa ntho eo a bonang e nepahetse mahlong a hae.*
Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”
Kapa: “ke fane.”
Ka Seheberu: “lothong ea ka.”
Kapa mohlomong: “a opa liatla a ntse a palame tonki.”
Kapa: “Negebe.”
E bolelang “Likotlolo Tsa Metsi.”
E leng Jeriko.
E bolelang “Ho Felisoa.”
Kapa: “phuleng.”
Kapa: “re tla u bontša lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “mosebetsi o qobelloang.”
Kapa: “phuleng.”
Ka Seheberu: “letsoho.”
Ka Seheberu: “ ha lelapa la Josefa le e-ba boima.”
E bolelang “Batho ba llang.”
Ka Seheberu: “oa patoa joaloka baholo-holo ba oona.”
Kapa: “rapela.”
Ka Seheberu: “ba etsa bohlola le.”
Kapa: “moo ho kenoang teng Hamathe.”
Ka Seheberu: “Arame-naharaime.”
Ka Seheberu: “Arame.”
E leng Jeriko.
Motho ea sebelisang letsoho le letšehali.
Kapa: “sethabathaba.”
Ka Seheberu: “setsoe se le seng.” Mohlomong ke setsoe se sekhutšoanyane. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “setulong.”
Kapa mohlomong: “lesoba le kenyang moea.”
Kapa: “Haroshethe-ha-goiime.”
Ka Seheberu: “likariki tsa tšepe.”
Ka Seheberu: “sefate sa palema sa Debora.”
Kapa: “Hlophisa banna ba hao.”
Kapa: “khohlong.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “likariki tsa tšepe.”
Mokotla oa letlalo o tšelang metsi.
“Litlhafunelo” ke karolo ea hlooho e pakeng tsa phatla le tsebe.
“Litlhafunelo” ke karolo ea hlooho e pakeng tsa phatla le tsebe.
Kapa: “bahlabani ba sa tlamang moriri.”
Kapa: “bapala liletsa tsa ’mino bakeng sa.”
Kapa mohlomong: “thothomela.”
Kapa: “phuleng.”
Kapa mohlomong: “ba tšoarang lisebelisoa tsa mongoli.”
Kapa: “mekotla e ’meli e ka mahlakoreng a tonki.”
Kapa: “moo ho fihleloang teng.”
Kapa: “nokana.”
Kapa: “nokana.”
Kapa: “nokana.”
Kapa: “A mo fa romo; lebese le themmeng.”
“Litlhafunelo” ke karolo ea hlooho e pakeng tsa phatla le tsebe.
Ka Seheberu: “popelo.”
Ka Seheberu: “lipopelo tse peli.”
Kapa mohlomong: “libaka tse ka tlase tsa polokelo.”
Ka Seheberu: “mamela lentsoe la ka.”
Ka Seheberu: “Sekete sa ka.”
Ka Seheberu: “efa.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “ke bone lengeloi la Jehova lifahleho li talimane.”
E bolelang “Jehova ke Khotso.”
Kapa: “qhobosheane.”
E bolelang “Baale a ke a Iketsetse Tšireletso ea Molao (Itoanele).”
Kapa: “Phuleng.”
Ka Seheberu: “apesa.”
E leng boea ba nku bo sa tsoa kutoa.
Ka Seheberu: “e le hore nka u behela bona tekong moo.”
Ka Seheberu: “matsoho a hao a tla ba matla.”
Kapa: “lirumula.”
Ho tloha ka hora ea leshome bosiu ho fihlela ka hora ea bobeli hoseng.
Ka Seheberu: “lishekele tsa khauta tse 1 700.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.
Ho ka etsahala hore ebe ho buuoa ka seaparo sa baprista se kang foreskoto e nang le karolo e ka pele le e ka morao.
Kapa: “ba etsa botekatse le eona.” Polelo ena ke mokhabo-puo. Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “ha baa ka ba hlola ba phahamisetsa Baiseraele hlooho.”
Ka Seheberu: “a ba le bara ba 70 ba tsoileng thekeng la hae.”
Kapa: “ba etsa botekatse le.” Polelo ena ke mokhabo-puo. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ba bontša lerato le tšepahalang ho.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “lelapa la ntlo ea ntate oa ’mè oa hae.”
Kapa mohlomong: “beng ba naha.”
Kapa: “ke amana le lona ka mali.”
Ka Seheberu: “lipelo tsa bona tsa susumelletseha.”
Kapa: “tempeleng.”
Ka Seheberu: “tlotse.”
Kapa: “feiga.”
Lejoe leo ho siloang ka lona.
Kapa: “Siria.”
Ka Seheberu: “a ba rekisa matsohong a Bafilista le Baamone.”
Kapa: “ho fihlela a se a sa khone ho ba shebella feela ba ntse ba utloa bohloko.”
Ka Seheberu: “ea utloang.”
Kapa: “e e potolohileng.”
Ka Seheberu: “U nkokobelitse.”
Kapa: “ke e’o lla le metsoalle ea ka hobane le ka mohla nke ke ka nyaloa.”
Kapa: “molao.”
Kapa: “babatsa.”
Kapa mohlomong: “ba tšelela ka leboea.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Ba thetsitse fatše ka lihlooho.
“O” e ka ’na eaba e emela Molimo.
Kapa: “taoana.”
Kapa mohlomong: “pele a ka ea kamoreng e ka hare.”
Kapa: “kamoreng e ka hare.”
Kapa: “lirumula.”
Kapa: “tlama.”
Kapa: “tlama.”
E bolelang “Sebaka se Phahameng sa Lesapo la Mohlahare.”
E bolelang “Mohloli oa ea Bitsang.”
Kapa: “latelle.”
Ka Seheberu: “lishekele.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “mesifa ea phoofolo.”
Mofuta oa semela o neng o lengoa mehleng ea khale ’me ho etsoa masela a line ka sona.
Ka Seheberu: “empa pelo ea hao e se ho ’na?”
Ka Seheberu: “Lehare ha le e-s’o fete hloohong ea ka.”
Ka Seheberu: “ke tsoa popelong ea ’mè oa ka.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “Lishekele.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “lishekele.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “lishekele.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa.”
Kapa: “melimo ea litšoantšo ea ka tlung.”
Ka Seheberu: “a tlatsitse letsoho la.”
Ka Seheberu: “ntate.”
Ka Seheberu: “lishekele.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “a tlatsa letsoho la.”
E bolelang “Litente Tsa Dane.”
Kapa: “melimo ea litšoantšo ea ka tlung.”
Kapa: “seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa.”
Kapa: “melimo ea litšoantšo ea ka tlung.”
Kapa: “seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa.”
Kapa: “melimo ea litšoantšo ea ka tlung.”
Kapa: “seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa.”
Kapa: “ntate.”
Kapa: “melimo ea litšoantšo ea ka tlung.”
Kapa: “phula.”
Ka Seheberu: “serethe.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “U matlafatse pelo ea hao.”
Kapa: “u thabise pelo ea hao.”
Kapa: “u matlafatse pelo ea hao.”
Ka Seheberu: “tenteng ea hao.”
Ka Seheberu: “serethe.”
Kapa mohlomong: “ ’me ke sebeletsa ntlong ea Jehova.”
Ka Seheberu: “E-ba le khotso.”
Kapa: “a li fa furu.”
Ka Seheberu: “serethe.”
Ka Seheberu: “serethe.”
Ka Seheberu: “mong’a hae.”
Ka Seheberu: “joaloka motho a le mong.”
Ka Seheberu: “serethe.” Sheba Tlhaloso.
Kapa mohlomong: “Beng ba naha.”
Ka Seheberu: “serethe.”
Ka Seheberu: “serethe.”
Ka Seheberu: “joaloka motho a le mong.”
Ka Seheberu: “joaloka motho a le mong.”
Kapa: “le letšehali.”
Ka Seheberu: “a eme.”
Kapa: “basali ba bacha.”
Kapa: “seo a nahanang hore se nepahetse.”