Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt 1 Samuele 1:1-31:13
  • 1 Samuele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 1 Samuele
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
1 Samuele

BUKA EA PELE EA SAMUELE

1 Ho ne ho e-na le monna e mong oa Ramathaime-zofime*+ e sebakeng se lithaba sa Efraime.+ Lebitso la hae e ne e le Elkana+ oa Moefraime* mora oa Jerohame, mora oa Elihu, mora oa Tohu, mora oa Zufe. 2 O ne a e-na le basali ba babeli. Lebitso la e mong e ne e le Anna ’me lebitso la e mong e le Penina. Penina o ne a e-na le bana empa Anna eena o ne a se na bana. 3 Monna eo o ne a tloha motseng oa habo selemo le selemo a ea Shilo ho ea rapela* Jehova oa mabotho le ho mo etsetsa sehlabelo.+ Ke hona moo bara ba babeli ba Eli e leng Hofni le Finease+ ba neng ba sebeletsa teng e le baprista ba Jehova.+

4 Ka letsatsi le leng ha Elkana a etsa sehlabelo, o ile a fa Penina mosali oa hae hammoho le bara le barali bohle ba hae likarolo tsa sona+ 5 empa a fa Anna karolo e khethehileng hobane o ne a mo rata. Leha ho le joalo, Jehova o ne a sa fa Anna bana. 6 Ho ekelletsa moo, Penina e leng mosali e mong o ne a lula a utloisa Anna bohloko hobane Jehova a sa mo fa bana. 7 O ne a etsa joalo selemo le selemo. Nako le nako ha Anna a ea ntlong ea Jehova,+ Penina o ne a mo utloisa bohloko hoo a neng a lla a bile a sa je. 8 Monna oa hae Elkana a re ho eena: “Anna, u llela’ng? Ke hobane’ng ha u sa je ebile u utloile bohloko hakaale? Na ha ke bohlokoa ho uena ho feta bara ba leshome?”

9 Ha ba qetile ho ja le ho noa Shilo, Anna a ema ’me a tsamaea. Ka nako eo, moprista Eli o ne a lutse setulong se monyako oa tempele+ ea Jehova. 10 Anna o ne a utloile bohloko haholo eaba o rapela Jehova+ a lla, a sa khone le ho ithiba. 11 A etsa kano ena: “Jehova oa mabotho, e se eka u ka bona bohloko boo ke leng ho bona. Haeba u ka nkhopola ’me oa fa ’na lekhoba la hao ngoana oa moshanyana,+ ke tla u fa eena Jehova ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae ’me ha ho mohla a tla kuta moriri.”*+

12 Ha a ntse a rapela ka nako e telele ka pel’a Jehova, Eli o ne a mo shebile molomong. 13 Anna o ne a buela ka pelong, lentsoe la hae le sa utloahale. Ke molomo oa hae feela o neng o thothomela. Kahoo, Eli a nahana hore o tahiloe. 14 Eli a re ho eena: “U batla’ng moo u tahiloe hakaale? Tlohela ho noa veine.” 15 Anna a re: “Che moren’a ka, ke mosali ea imetsoeng haholo. Ha kea noa veine kapa joala leha e le bofe, ke mpa ke bolella* Jehova ka moo ke ikutloang kateng.+ 16 U se ke oa nahana hore ke mosali ea se nang thuso hobane haesale ke rapela ho fihlela hona joale kaha ke imetsoe haholo.” 17 Eli a re ho eena: “Tsamaea ka khotso, e se eka Molimo oa Iseraele a ka u fa seo u se kopileng ho eena.”+ 18 Anna a re ho Eli: “Kea leboha ka mosa oo u mpontšitseng oona.” Mosali eo a tsamaea, a ja ’me ha aa ka a hlola a tšoenyeha.

19 Joale lelapa lohle la tsoha hoseng la rapela Jehova ’me ka mor’a moo la khutlela ntlong ea lona e Rama.+ Elkana a robala le mosali oa hae Anna ’me Jehova a hopola thapelo ea Anna.+ 20 Ka mor’a nako e ka etsang selemo* Anna a ima, a tsoala mora ’me a mo reha+ Samuele* hobane o ile a re, “Ke mo kopile ho Jehova.”

21 Ka mor’a nako Elkana a tsamaea le lelapa lohle la hae ho ea etsetsa Jehova sehlabelo sa selemo le selemo+ le ho ea fana ka nyehelo ea hae ea boitlamo. 22 Empa Anna ha aa ka a tsamaea le bona+ hobane o ile a re ho monna oa hae: “Ke tla tlisa moshanyana enoa ntlong ea Jehova* hang ha a se a khoesitsoe* ’me o tla lula moo ho tloha ka nako eo ho ea pele.”+ 23 Monna oa hae Elkana a re ho eena: “Etsa seo u nahanang hore se molemo.* Lula hae ho fihlela u mo khoesa. E se eka Jehova a ka phethahatsa seo u se buileng.” Kahoo, Anna a lula hae ’me a ’na a nyantša mora oa hae ho fihlela a mo khoesa.

24 Hang ka mor’a hore a mo khoese, a mo isa Shilo a nkile poho e lilemo li tharo, lilithara tse ka bang 22* tsa phofo le jeke e kholo ea veine+ eaba o tlisa moshanyana oa hae ntlong ea Jehova e Shilo.+ 25 Ba hlaba poho eo ’me ba tlisa moshanyana ho Eli. 26 Anna a re: “Ntšoarele, moren’a ka. Kea u hlapanyetsa, ke ’na mosali eane ea neng a eme le uena mona ha ke ne ke rapela Jehova.+ 27 Ke ne ke rapela hore Jehova a mphe moshanyana enoa ’me o ile a mpha seo ke ileng ka mo kopa sona.+ 28 Joale ke mo fa* Jehova. Ke mo fa Jehova bophelo bohle ba hae.”

Eaba o* inamela Jehova moo.

2 Anna a rapela a re:

“Pelo ea ka e thabile ka lebaka la Jehova,+

Jehova u mphile matla.*

Ke araba lira tsa ka ka sebete,

Ke thabela tsela eo u pholosang ka eona.

 2 Ha ho na motho ea halalelang joaloka Jehova,

Ha ho e mong ntle ho uena,+

Ha ho lefika le tšoanang le Molimo oa rona.+

 3 Le se ke la hlola le bua ka boikhohomoso.

Mantsoe a boikhohomoso a se ke a tsoa melomong ea lona

Kaha Jehova ke Molimo ea tsebang lintho tsohle,+

U hlahloba liketso ka tsela e nepahetseng.

 4 Liqha tsa banna ba matla li robehile

Empa ba khoptjoang ba fuoa matla.+

 5 Ba khorang ba tla lokela ho iketsa bahiruoa e le hore ba fumane bohobe,

Ba neng ba lapile ha ba sa lapile.+

Mosali ea sa khoneng ho ba le bana* o tsoetse bara ba supileng+

Empa ea neng a e-na le bara ba bangata o setse a le mong.*

 6 Jehova oa bolaea ebile oa phelisa.*

O theolela Lebitleng* ebile o nyolla batho teng.+

 7 Jehova a ka baka bofutsana ebile a ka ruisa.+

O kokobetsa batho ebile oa ba phahamisa.+

 8 O phahamisa ea tlase leroleng.

O phahamisa mofutsana moloreng*+

Hore a lule le bahlomphehi,

O ba beha setulong se hlomphehang.

Litšehetso tsa lefatše ke tsa Jehova,+

O beha naha holim’a tsona.

 9 O lebela mehato ea ba mo tšepahallang.+

Ba khopo ba tla khutsisoa lefifing+

Hobane motho ha a hlole ka matla a hae.+

10 Jehova o tla silakanya ba mo loantšang.*+

O tla thoathoaretsa ho bona joaloka sealuma se tsoang maholimong.+

Jehova o tla ahlola lefatše lohle.+

O tla fa morena oa hae matla,+

A fe motlotsuoa oa hae matla.”*+

11 Eaba Elkana o ea Rama ntlong ea hae empa mora oa hae a sala a sebeletsa* Jehova+ a tataisoa ke moprista Eli.

12 Bara ba Eli ba ne ba le khopo,+ ba sa hlomphe Jehova. 13 Ho e-na le hore ba nke karolo ea bona sehlabelong se tlisitsoeng ke batho,+ ba ne ba etsa tjena: Neng kapa neng ha motho leha e le ofe a nyehela sehlabelo, mohlanka oa moprista o ne a tla a nkile fereko e meno a mararo ha nama e ntse e phehiloe 14 ebe o hlaba ka eona ka sekotlolong kapa ka pitseng e mehele e ’meli kapa ka k’hasteroleng kapa ka pitseng e mohele o mong. Ntho leha e le efe eo fereko e neng e e ntša, moprista o ne a inkela eona. Ba ne ba etsa joalo ho Baiseraele bohle ba neng ba tla Shilo. 15 Hape, le pele motho ea etsang sehlabelo a ka chesa mafura hore a kubelle,+ mohlanka oa moprista o ne a tla ho eena ’me a re: “Fa moprista nama eo a tla e besa. A ke ke a nka nama e phehiloeng ho uena, o tla nka e tala feela.” 16 Ha motho eo a ne a re ho eena: “E-re ba chese mafura hore a kubelle pele,+ ebe ka mor’a moo u inkela eng kapa eng eo u e batlang,” mohlanka oa moprista o ne a re: “Che, mphe eona hona joale, ho seng joalo ke tla e nka ka nkane.” 17 Kahoo, sebe sa bahlanka bao sa e-ba seholo haholo mahlong a Jehova+ hobane ba ne ba sa hlomphe nyehelo ea Jehova.

18 Joale Samuele o ne a sebeletsa+ ka pel’a Jehova le hoja e ne e le moshanyana. O ne a apara* efoda* ea line.+ 19 Hape ’mè oa hae o ne a mo rokela seaparo se senyenyane se se nang matsoho ’me a mo tlisetsa sona selemo le selemo ha a ne a tla Shilo le monna oa hae ho tla etsa sehlabelo sa selemo le selemo.+ 20 Eli a hlohonolofatsa Elkana le mosali oa hae a re: “E se eka Jehova a ka u fa ngoana ka mosali enoa sebakeng sa mora eo le mo fileng* Jehova.”+ Eaba ba khutlela hae. 21 Jehova a thusa Anna ’me Anna a ima,+ a tsoala bara ba bang ba bararo le barali ba babeli. Samuele a ’na a holela ka pel’a Jehova.+

22 Eli o ne a tsofetse haholo empa o ne a utloile ka lintho tsohle tseo bara ba hae ba neng ba li etsa+ ho Baiseraele bohle le kamoo ba neng ba robala le basali ba sebeletsang monyako oa tente ea pokano.+ 23 O ne a hlola a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le ntse le etsa lintho tse tjee? Lintho tseo ke utloang batho bohle ba li bua ka lona li mpe. 24 Tlohelang ho etsa lintho tseo bara ba ka hobane litaba tseo ke utloang batho ba Jehova ba li bua ka lona ha li khahlise. 25 Haeba motho a siteloa e mong, motho e mong a ka mo kopela ho Jehova hore a mo hauhele.* Empa ha motho a siteloa Jehova,+ ke mang ea ka mo rapellang?” Leha ho le joalo, ba ile ba hana ho mamela ntate oa bona hobane Jehova o ne a ikemiselitse ho ba bolaea.+ 26 Ka nako eo, Samuele a ’na a hola ’me Jehova le batho ba ’na ba mo rata le ho feta.+

27 Monna ea rometsoeng ke Molimo a tla ho Eli ’me a re ho eena: “Jehova o itse: ‘Na ha kea iponahatsa ho ntate oa hao le ho ba ntlo ea hae ha ba ne ba le Egepeta e le makhoba ntlong ea Faro?+ 28 Ke eena ea khethiloeng har’a maloko ’ohle a Iseraele+ hore a sebeletse e le moprista oa ka le hore a hloelle aletareng+ ea ka ho etsa mahlabelo, ho chesa libano* le hore a apare efoda ha a ntse a ntšebeletsa. Ke ile ka fa lelapa la moholo-holo oa hao linyehelo tsohle tsa Baiseraele* tse chesoang ka mollo.+ 29 Ke hobane’ng ha le nyatsa* sehlabelo sa ka le nyehelo ea ka eo ke laetseng hore e etsoe ntlong ea ka?+ Ke hobane’ng ha le hlompha bara ba lona ho mpheta ka ho ja likarolo tse ntlehali tsa nyehelo e ’ngoe le e ’ngoe ea sechaba sa ka sa Iseraele?+

30 Ke ka lebaka leo lentsoe la Jehova Molimo oa Iseraele le reng: “Ke ’nete hore ke itse ba lelapa la hao le ba lelapa la moholo-holo oa hao ba tla lula ba ntšebeletsa.”*+ Empa hona joale Jehova o re: “Ha ho kamoo nka lumellang ntho e joalo hore e etsahale hobane ba ntlhomphang ke tla ba hlompha+ empa ba ’nyatsang ba tla nyatsuoa.” 31 Bona, matsatsi aa tla ao ka ’ona ke tla felisa matla* a hao le a ba ntlo ea ntate oa hao ’me ho ba ntlo ea hao ha ho na ea tla fihla lilemong tsa botsofali.+ 32 Har’a lintho tsohle tse molemo tseo Iseraele e li thabelang, u tla bona sera feela ntlong ea ka+ ’me ha ho sa tla hlola ho e-ba le monna-moholo ntlong ea hao. 33 Monna ea tsoang ho ba ntlo ea hao eo ke tla mo tlohela hore a ’ne a sebeletse aletareng ea ka, o tla etsa hore mahlo a hao a felloe ke matla ’me a etse hore u sareloe empa ba bangata ba ntlo ea hao ba tla bolaoa ka sabole.+ 34 Pontšo ea hore seo ke se buang se tla phethahala ke ena: Bara ba hao ba babeli e leng Hofni le Finease ba tla shoa ka letsatsi le le leng.+ 35 Ka mor’a moo, ke tla ikhethela moprista ea tšepahalang.+ O tla etsa lintho tseo pelo ea ka e li thabelang. Ke tla etsa hore litloholo tsa hae li sebeletse e le baprista ho ea ho ile ’me o tla sebeletsa e le moprista oa motlotsuoa oa ka kamehla. 36 Mang kapa mang ea tla sala ka tlung ea hao o tla mo khumamela, a mo kope mosebetsi hore a be le chelete e nyenyane le lofo ea bohobe ’me o tla re: “Ke kopa u nkhethe hore ke be moprista e le hore nka ja sengoathoana sa bohobe.”’”+

3 Ka nako eo, Samuele o ne a sebeletsa+ Jehova a tataisoa ke Eli. Mehleng eo, ke batho ba ’maloa ba neng ba fumana melaetsa e tsoang ho Jehova. Lipono+ li ne li sa ata.

2 Ka letsatsi le leng, Eli o ne a robetse moo a tloaetseng ho robala teng. Mahlo a hae a ne a se a foufetse, a sa khone ho bona.+ 3 Lebone la Molimo+ le ne le e-s’o time ’me Samuele o ne a robetse ka tempeleng*+ ea Jehova, moo areka ea Molimo e neng e le hona teng. 4 Eaba Jehova o bitsa Samuele. A araba a re: “Ke ’na enoa.” 5 A mathela ho Eli ’me a re: “Ke ’na enoa kaha u mpitsitse.” Empa a re: “Ha kea u bitsa. Tsamaea u e’o robala hape.” Kahoo, a tsamaea ’me a robala. 6 Jehova a mo bitsa hape a re: “Samuele!” Eaba Samuele oa ema o ea ho Eli o re: “Ke ’na enoa kaha u mpitsitse.” Empa a re: “Ha kea u bitsa mora oa ka. Robala hape.” 7 (Samuele o ne a e-s’o tsebe Jehova ’me o ne a e-s’o ka a fumana molaetsa o tsoang ho Jehova.)+ 8 Kahoo, Jehova a boela a mo bitsa ka lekhetlo la boraro: “Samuele!” Eaba oa ema o ea ho Eli ’me o re: “Ke ’na enoa kaha u mpitsitse.”

Eaba Eli oa hlokomela hore e ne e le Jehova ea neng a bitsa moshanyana eo. 9 Kahoo, Eli a re ho Samuele: “Tsamaea u e’o robala ’me ha a ka u bitsa, u tle u re, ‘Bua Jehova hobane mohlanka oa hao o mametse.’” Eaba Samuele oa tsamaea o e’o robala.

10 Jehova a boela a mo bitsa hape a re: “Samuele, Samuele!” Eaba Samuele o re: “Bua hobane mohlanka oa hao o mametse.” 11 Jehova a re ho Samuele: “Bona, ke etsa ho hong Iseraele, hoo haeba mang kapa mang a ho utloa, litsebe tsa hae li tla hlohlona.+ 12 Letsatsing leo, ke tla phethahatsa lintho tsohle tseo ke li buileng ka ntlo ea Eli, ho tloha qalong ho fihlela qetellong.+ 13 U mo bolelle hore ke ahlola ntlo ea hae ka kahlolo e ke keng ea fela ka lebaka la phoso eo a e tsebileng+ hobane bara ba hae ba rohaka Molimo+ empa ha aa ka a ba khalemela ka matla.+ 14 Ke ka lebaka leo ke hlapanyelitseng ba ntlo ea Eli hore phoso ea bona e ke ke ea tšoareloa leha ba ka etsa mahlabelo kapa linyehelo.”+

15 Samuele a robala ho fihlela hoseng eaba o bula menyako ea ntlo ea Jehova. O ne a tšaba ho bolella Eli ka pono eo a e boneng. 16 Empa Eli a bitsa Samuele a re: “Samuele, mora oa ka.” Eaba o re: “Ke ’na enoa.” 17 A re ho eena: “Ke molaetsa ofe oo a u boleletseng oona? Ke kopa u se ke oa mpatela oona. Molimo a ke a u fe kotlo e bohloko haeba u ka mpatela leha e le lentsoe le le leng ho mantsoe ’ohle ao a u boleletseng ’ona.” 18 Kahoo, Samuele a mo bolella ntho e ’ngoe le e ’ngoe a sa mo patele letho. Eaba Eli o re: “Ke Jehova. A ke a etse seo a bonang se le molemo.”

19 Samuele a ’na a hola ’me Jehova o ne a e-na le eena.+ Hape Molimo o ile a etsa hore mantsoe ’ohle a Samuele a phethahale.* 20 Baiseraele bohle ho tloha Dane ho ea Beersheba ba hlokomela hore Samuele o ne a khethiloe hore e be moprofeta oa Jehova. 21 Jehova a boela a hlaha Shilo hobane Jehova o ile a itsebahatsa ho Samuele Shilo ka lentsoe la Jehova.+

4 Samuele a bua le Baiseraele bohle.

Eaba Baiseraele baa tsoa ho ea loantša Bafilista. Ba hloma litente tsa bona haufi le Ebenezere ’me Bafilista ba hloma litente tsa bona Afeke. 2 Bafilista ba tsamaea ba itokiselitse ho ea loantša Baiseraele empa ntoa e ne e le boima ’me Bafilista ba hlola Baiseraele, ba bolaea banna ba ka bang 4 000 ntoeng eo. 3 Ha batho ba khutla ntoeng, baholo ba Iseraele ba re: “Ke hobane’ng ha Jehova a lumeletse hore Bafilista ba re hlole kajeno?*+ A re tsamaeeng ka areka ea selekane sa Jehova e Shilo+ e le hore e be le rona ’me e re pholose ho lira tsa rona.” 4 Kahoo, batho ba romela banna Shilo, ba fihla ba nka areka ea selekane ea Jehova oa mabotho ea lutseng teroneng holim’a* likerubime.+ Bara ba babeli ba Eli e leng Hofni le Finease+ le bona ba ne ba le moo le areka ea selekane ea Molimo oa ’nete.

5 Hang ha areka ea selekane sa Jehova e fihla litenteng tsa Baiseraele, kaofela ha bona ba hoeletsa haholo ba etsa lerata hoo lefatše le ileng la thothomela. 6 Ha Bafilista ba utloa lerata leo ba re: “Ke hobane’ng ha ho e-na le lerata le lekaale litenteng tsa Baheberu?” Qetellong ba utloela hore Areka ea Jehova e tlile litenteng tsa Baiseraele. 7 Bafilista ba tšoha ’me ba re: “Molimo o tlile litenteng tsa bona.”+ Kahoo, ba re: “Re malimabe hobane ntho e tjena ha e e-s’o ka e etsahala. 8 Re malimabe. Ke mang ea tla re pholosa letsohong la Molimo eo ea phahameng? Enoa ke Molimo eane ea ileng a bolaea Baegepeta ba bangata lefeelleng.+ 9 E-bang sebete joaloka banna lona Bafilista e le hore le se ke la sebeletsa Baheberu joalokaha ba le sebelelitse.+ Le be banna ’me le loane.” 10 Kahoo, Bafilista ba loana ’me ba hlola Baiseraele+ eaba kaofela ba balehela litenteng tsa bona. Ho ile ha bolaoa batho ba bangata. Ka lehlakoreng la Baiseraele ho ile ha shoa masole a 30 000. 11 Ho ekelletsa moo, Areka ea Molimo e ile ea haptjoa ’me bara ba babeli ba Eli e leng Hofni le Finease ba shoa.+

12 Monna oa leloko la Benjamine a tloha moleng oa ntoa ’me a mathela Shilo, liaparo tsa hae li tabohile a bile a le mobu hloohong.+ 13 Ha monna eo a fihla, Eli o ne a lutse setulong ka thoko ho tsela a letile hobane o ne a tšoenyehile haholo ka Areka ea Molimo oa ’nete.+ Monna eo a kena motseng ho ea bolella batho se etsahetseng ’me batho bohle ba motseng ba qala ho lla. 14 Ha Eli a utloa sello seo a re: “Moferefere oo ke o utloang ke oa eng?” Monna eo a potlakela ho Eli ’me a mo bolella se etsahetseng. 15 (Eli o ne a le lilemo li 98, a se a sa bone.)+ 16 Monna eo a re ho Eli: “Ke balehile moleng oa ntoa. Kajeno ke balehile ntoeng.” Ha a utloa seo a re: “Ho etsahetse’ng mora oa ka?” 17 Monna eo ea tlisitseng litaba a re: “Baiseraele ba balehile Bafilista hobane ba hlotsoe ’me ba bangata ba bona ba bolauoe.+ Hape bara ba hao ba babeli e leng Hofni le Finease ba shoele+ ’me Areka ea Molimo oa ’nete e hapuoe.”+

18 Hang ha a bua ka Areka ea Molimo oa ’nete, Eli a oa ka mokokotlo a le setulong sa hae se pel’a keiti. Molala oa hae oa robeha eaba oa shoa hobane o ne a se a tsofetse ebile a nonne. O ne a qetile lilemo tse 40 e le moahloli oa Iseraele. 19 Ngoetsi ea hae, mosali oa Finease, e ne e le moimana ’me a le haufi le ho beleha. Ha a utloa hore Areka ea Molimo oa ’nete e hapuoe le hore ntate matsale oa hae le monna oa hae ba shoele, a inama eaba o beleha ka tšohanyetso. 20 Ha a le makhatheng a lefu, basali ba emeng pel’a hae ba re: “U se ke oa tšoha hobane u tsoetse mora.” Ha aa ka a araba kapa a re letho ho bona.* 21 Empa a reha moshanyana eo Ikabode*+ a re: “Khanya e tlohile Iseraele e ile botlamuoeng.”+ O ne a bua ka Areka ea Molimo oa ’nete e hapuoeng le ka se etsahetseng ka ntate matsale oa hae le monna oa hae.+ 22 Mosali eo o ile a re: “Khanya e tlohile Iseraele e ile botlamuoeng hobane Areka ea Molimo oa ’nete e hapuoe.”+

5 Ha Bafilista ba hapa Areka+ ea Molimo oa ’nete, ba ile ba e tlosa Ebenezere ba e tlisa Ashdode. 2 Bafilista ba ile ba nka Areka ea Molimo oa ’nete ba e tlisa ka tlung* ea molimo oa bona Dagone ’me ba e beha ka thoko ho Dagone.+ 3 Ha Baashdode ba tsoha hoseng letsatsing le hlahlamang, ba fumana Dagone a oetse fatše ka sefahleho ka pel’a Areka ea Jehova.+ Kahoo, ba nka Dagone ’me ba mo khutlisetsa sebakeng sa hae.+ 4 Ha ba tsoha hoseng letsatsing le hlahlamang, ba fumana Dagone a oetse fatše ka sefahleho ka pel’a Areka ea Jehova. Hlooho ea Dagone le matsoho a hae ka bobeli a ne a khaohile ’me a oetse fatše ka pel’a monyako. Ke karolo ea tlhapi feela* e neng e sa pomeha. 5 Ke ka lebaka leo baprista ba Dagone le bohle ba kenang ka tlung ea Dagone ba sa hateng monyako oa Dagone Ashdode ho fihlela letsatsing lena.

6 Jehova a fa Baashdode kotlo e boima ’me a etsa hore batho ba lulang Ashdode le metseng e haufi le eona ba ruruhe methapo ea ka morao.*+ 7 Ha banna ba Ashdode ba bona se neng se etsahala ba re: “Tlosang Areka ea Molimo oa Iseraele ho rona hobane o re file kotlo e boima hammoho le molimo oa rona Dagone.” 8 Ba bitsa marena ’ohle a Bafilista ’me ba a bokella ba re ho ’ona: “Re etse’ng ka Areka ea Molimo oa Iseraele?” Ba araba ba re: “Isang Areka ea Molimo oa Iseraele Gathe.”+ Kahoo, ba isa Areka ea Molimo oa Iseraele moo.

9 Ka mor’a hore ba e ise moo, Jehova a halefela motse oo ’me a etsa hore batho ba moo ba tšohe haholo. A etsa hore batho ba motse oo, ba baholo le ba banyenyane ba ruruhe methapo ea ka morao.+ 10 Kahoo, ba isa Areka ea Molimo oa ’nete Ekrone+ empa hang ha Areka ea Molimo oa ’nete e fihla Ekrone, Baekrone ba hoeletsa, ba re: “Ba tlisitse Areka ea Molimo oa Iseraele ho rona hore ba re bolaee hammoho le sechaba sa rona.”+ 11 Eaba ba bitsa marena ’ohle a Bafilista, baa bokella ba re: “Tsamaisang Areka ea Molimo oa Iseraele. E khutlisetseng sebakeng sa eona e le hore rona le sechaba sa rona re se ke ra shoa.” Batho bohle motseng ba ne ba tšohile hore ba tl’o shoa hobane Molimo oa ’nete o ne a ba file kotlo e boima+ 12 ’me batho ba neng ba sa shoa ba ne ba otliloe ka ho ruruha ha methapo ea ka morao. Sello sa baahi bohle ba motse sa nyolohela maholimong.

6 Areka+ ea Jehova e ile ea e-ba naheng ea Bafilista ka likhoeli tse supileng. 2 Bafilista ba bitsa baprista le linohe+ ba re: “Re etseng ka Areka ea Jehova? Re bolelleng hore na re e khutlisetse joang sebakeng sa eona.” 3 Ba re: “Haeba le tsamaisa areka ea selekane sa Jehova Molimo oa Iseraele, le se ke la e tsamaisa e se na nyehelo. Le etse bonnete ba hore le khutlisetsa nyehelo ea molato ho eena.+ Joale ke hona le tla fola ’me le tla tseba hore na ke hobane’ng ha kotlo ea hae e ne e sa tlohe ho lona.” 4 Eaba baa botsa ba re: “Nyehelo ea molato eo re tšoanelang ho e khutlisetsa ho eena ke’ng?” Ba re: “Ho latela palo ea marena a Bafilista,+ le romele methapo ea ka morao e ruruhileng ea khauta e mehlano le litoeba tsa khauta tse hlano hobane kaofela ha lona hammoho le marena a lona le tšoeroe ke boloetse bo tšoanang. 5 Le etse litšoantšo tsa methapo ea lona ea ka morao e ruruhileng le litšoantšo tsa litoeba+ tsa lona tse senyang naha ’me le tlotlise Molimo oa Iseraele. Mohlomong o tla fokotsa kotlo e boima eo a le fileng eona le molimo oa lona le naha ea lona.+ 6 Ke hobane’ng ha le e-ba manganga joaloka Baegepeta le Faro?+ Ha Molimo a ba fa likotlo tse boima,+ ba ile ba tlameha ho tlohela Baiseraele hore ba tsamaee ’me ba ile ba tsamaea.+ 7 Joale etsang kariki e ncha le nke le likhomo tse peli tse nang le manamane tse e-s’o ka li jara joko. Le pane likhomo tseo kariking empa manamane a tsona le a ise hae, le a tlose ho tsona. 8 Le nke Areka ea Jehova le e behe kariking ’me lintho tsa khauta tseo le mo romellang tsona e le nyehelo ea molato le li tšele ka lebokoseng pel’a eona.+ Le e tsamaise 9 ’me le e shebe: Haeba e ka nyoloha ka tsela e eang Bethe-shemeshe,+ sebakeng sa eona, ke Molimo oa bona ea ntseng a re bakela lintho tsena tse bohloko. Empa haeba e sa etse joalo, re tla tseba hore ha se eena ea ntseng a re fa kotlo, e ne e mpa e le boloetse feela.”

10 Banna bao ba etsa joalo. Ba nka likhomo tse peli tse nang le manamane, ba li pana kariking eaba ba koalla manamane a tsona hae. 11 Joale ba beha Areka ea Jehova kariking hammoho le lebokose le tšetseng litoeba tsa khauta le litšoantšo tsa methapo ea bona ea ka morao e ruruhileng. 12 Likhomo tseo tsa tsamaea li lebile pele tseleng e eang Bethe-shemeshe.+ Tsa tsamaea tseleng e le ’ngoe e kholo li ntse li lla ha li tsamaea. Ha lia ka tsa thinyetsa ka lehlakoreng le letona kapa ka ho le letšehali. Ka nako eo eohle marena a Bafilista a ne a ntse a tsamaea ka mor’a tsona ho fihla moeling oa Bethe-shemeshe. 13 Batho ba Bethe-shemeshe ba ne ba kotula koro thoteng. Ha ba phahamisa mahlo ’me ba bona Areka, ba thaba haholo. 14 Kariki ea kena tšimong ea Joshua Mobethe-shemeshe ’me ea ema moo haufi le lejoe le leholo. Kahoo, ba ratha patsi e entseng kariki eo ’me ba nyehela likhomo+ tseo ho Jehova e le nyehelo ea secheso.

15 Balevi+ ba theola Areka ea Jehova le lebokose le neng le e-na le eona, le neng le tšetse lintho tsa khauta ’me ba li beha holim’a lejoe le leholo. Batho ba Bethe-shemeshe+ ba nyehela linyehelo tsa secheso ’me ba etsetsa Jehova mahlabelo letsatsing leo.

16 Ha marena a mahlano a Bafilista a bona ntho eo, a khutlela Ekrone letsatsing leo. 17 Tsena ke litšoantšo tsa methapo ea ka morao e ruruhileng eo Bafilista ba e rometseng e le nyehelo ea molato ho Jehova:+ Se seng e ne e le sa Ashdode,+ se seng e le sa Gaza, se seng e le sa Ashkelone, se seng e le sa Gathe+ ’me se seng e le sa Ekrone.+ 18 Palo ea litoeba tsa khauta e ne e lekana le palo ea metse eohle ea Bafilista eo e neng e le ea marena a mahlano e leng metse e sirelelitsoeng ka marako hammoho le metsana e sa sireletsoang.

Lejoe le leholo leo ba ileng ba beha Areka ea Jehova holim’a lona, ke bopaki ho fihlela letsatsing lena tšimong ea Joshua Mobethe-shemeshe. 19 Empa Molimo a bolaea batho ba Bethe-shemeshe hobane ba ile ba sheba Areka ea Jehova. O ile a bolaea batho ba 50 070* har’a sechaba ’me sechaba sa utloa bohloko hobane Jehova o ne a bolaile batho ba bangata.+ 20 Kahoo, batho ba Bethe-shemeshe ba re: “Ke mang ea tla khona ho ema ka pel’a Jehova, Molimo eo ea halalelang+ ’me o tla ea ho mang ha a tloha ho rona?”+ 21 Kahoo, ba roma baromuoa ho baahi ba Kiriathe-jearime+ hore ba re ho bona: “Bafilista ba khutlisitse Areka ea Jehova. Theohang le tl’o e nka.”+

7 Batho ba Kiriathe-jearime ba tla ’me ba nka Areka ea Jehova ba e isa ka tlung ea Abinadabe+ e leralleng ’me ba halaletsa mora oa hae Eleazare, ba mo khetha hore a lebele Areka ea Jehova.

2 Ho ile ha feta nako e telele, lilemo tse 20 kaofela ho tloha letsatsing leo Areka e neng e fihla Kiriathe-jearime ka lona. Eaba batho bohle ba Iseraele ba qala ho kopa thuso* ho Jehova.+ 3 Samuele a re ho Baiseraele bohle: “Haeba le khutlela ho Jehova ka lipelo tsohle tsa lona,+ lahlang melimo e meng eohle har’a lona+ le litšoantšo tsa Ashtorethe+ ’me le sebeletse Jehova feela ka lipelo tsa lona tsohle.+ O tla le lopolla matsohong a Bafilista.”+ 4 Kahoo, Baiseraele ba lahla melimo ea Baale le litšoantšo tsa Ashtorethe ’me ba sebeletsa Jehova feela.+

5 Eaba Samuele o re: “Bokellang Baiseraele bohle Mizpa+ ’me ke tla le rapella ho Jehova.”+ 6 Kahoo, ba bokana Mizpa ’me ba kha metsi, ba a qhalla ka pel’a Jehova eaba ba itima lijo letsatsing leo.+ Ba re: “Re sitetsoe Jehova.”+ Samuele a qala ho ba moahloli+ oa Baiseraele Mizpa.

7 Ha Bafilista ba utloa hore Baiseraele ba bokane hammoho Mizpa, marena a Bafilista+ a nyoloha ho ea hlasela Baiseraele. Ha Baiseraele ba utloa seo, ba tšoha. 8 Kahoo, Baiseraele ba re ho Samuele: “U se ke oa khaotsa ho kopa Jehova Molimo oa rona hore a re thuse+ le hore a re pholose matsohong a Bafilista.” 9 Joale Samuele a nka konyana e anyang ’me a e nyehela e le nyehelo ea secheso+ ho Jehova. A kopa Jehova hore a thuse Baiseraele ’me Jehova a mo araba.+ 10 Ha Samuele a ntse a nyehela nyehelo ea secheso, Bafilista ba atamela hore ba loantše Baiseraele. Joale Jehova a etsa hore ho be le sealuma se lerata+ letsatsing leo ’me a etsa hore Bafilista ba ferekane+ eaba Baiseraele baa ba hlola.+ 11 Banna ba Baiseraele ba tloha Mizpa ’me ba lelekisa Bafilista, ba ba bolaea ho ea fihla ka boroa ho Bethe-kare. 12 Samuele a nka lejoe,+ a le beha pakeng tsa Mizpa le Jeshana ’me a le reha Ebenezere* kaha o ile a re: “Jehova o re thusitse ho fihlela hona joale.”+ 13 Kahoo, Bafilista ba ile ba hloloa ’me ha baa ka ba hlola ba tla naheng ea Iseraele.+ Ha Samuele a ntse a phela, Jehova ha aa ka a lumella Bafilista hore ba hlasele Baiseraele.+ 14 Hape metse eo Bafilista ba neng ba e nkile ho Baiseraele le libaka tsa eona tsa khutlela ho Baiseraele, ho tloha Ekrone ho ea Gathe.

Ho ne ho boetse ho e-na le khotso pakeng tsa Baiseraele le Baamore.+

15 Samuele ea ’na ea e-ba moahloli oa Iseraele bophelo bohle ba hae.+ 16 O ne a tsamaea selemo le selemo a potoloha Bethele,+ Gilgale+ le Mizpa+ ’me a ahlola Baiseraele libakeng tsena tsohle. 17 Empa o ne a khutlela Rama+ hobane ke moo ntlo ea hae e neng e le hona teng ’me le moo o ne a ahlola Baiseraele. O ile a hahela Jehova aletare moo.+

8 Ha Samuele a se a tsofetse, o ile a khetha bara ba hae hore e be baahloli ba Iseraele. 2 Lebitso la mora oa hae oa pele e ne e le Joele ’me lebitso la oa bobeli e le Abija.+ E ne e le baahloli Beersheba. 3 Empa bara ba hae ha baa ka ba latela mohlala oa hae. Ba ne ba fumana chelete ka bolotsana,+ ba amohela tjotjo+ ba bile ba sa ahlole ka toka.+

4 Ka mor’a nako, baholo bohle ba Iseraele ba phutheha ’me ba tla ho Samuele Rama. 5 Ba re ho eena: “Bona, u se u tsofetse empa bara ba hao ha ba latele mohlala oa hao. Joale re khethele morena eo e tla ba moahloli oa rona joaloka lichaba tse ling tsohle.”+ 6 Empa Samuele ha aa ka a thabela* ho utloa ha ba re: “Re fe morena eo e tla ba moahloli oa rona.” Eaba Samuele o rapela Jehova 7 ’me Jehova a re ho Samuele: “Mamela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo sechaba seo se u bolellang eona hobane ha sea lahla uena empa se lahlile ’na hore ke se ke ka ba morena oa sona.+ 8 Ntho eo ba e etsang e tšoana hantle le eo ba ileng ba e etsa ho tloha letsatsing leo ke neng ke ba ntša Egepeta ka lona ho tla fihlela letsatsing lena. Ba lula ba ntlohela+ ’me ba sebeletsa melimo e meng+ ’me ke seo ba se etsang ho uena. 9 Joale ba mamele. Leha ho le joalo, o ba lemose ka thata ka litla-morao tsa taba eo. U ba bolelle hore na morena ea tla ba busa o tla ba le tokelo ea ho ba batla lintho life.”

10 Kahoo, Samuele a bolella batho ba neng ba mo kopa hore a ba fe morena sohle seo Jehova a se buileng. 11 A re: “Lintho tsena ke tseo morena ea tla le busa a tla ba le tokelo ea ho li batla ho lona:+ O tla nka bara ba lona,+ a ba palamise likariking tsa hae+ ’me a ba etse banna ba hae ba palamang lipere.+ Ba bang ba tla matha ka pel’a likariki tsa hae. 12 O tla ikhethela balaoli ba ba likete+ le balaoli ba ba mashome a mahlano.+ Ba bang ba tla lema masimo a hae+ ba be ba a kotule+ ’me ba tla etsa libetsa tsa hae tsa ntoa le lithulusi tsa likariki tsa hae.+ 13 O tla nka barali ba lona hore e be ba tsoakang litlolo,* ba phehang le ba bakang mahobe.+ 14 O tla nka masimo a lona le lirapa tsa lona tsa morara tse ntlehali hammoho le meru ea lona ea mohloaare+ ’me a li fe bahlanka ba hae. 15 O tla nka karolo ea leshome ea lijo tsa lona tse kotutsoeng masimong le ea lirapa tsa lona tsa morara ’me a e fe balaoli ba hae ba lekhotla le bahlanka ba hae. 16 O tla nka makhoba a lona a banna le a basali, likhomo tsa lona tse ntle ka ho fetisisa le litonki tsa lona ’me a li sebelisetse mosebetsi oa hae.+ 17 O tla nka karolo ea leshome mehlapeng ea lona ea linku le lipoli+ ’me le tla ba bahlanka ba hae. 18 Ka letsatsi le leng le tla hoeletsa ho Molimo ka lebaka la morena eo le ikhethetseng eena+ empa Jehova a ke ke a le araba letsatsing leo.”

19 Leha ho le joalo, sechaba sa hana ho mamela Samuele ’me sa re: “Ha ho na taba, re batla morena ea tla re busa. 20 Joale le rona re tla tšoana le lichaba tse ling tsohle ’me morena oa rona o tla re ahlola, a re etelle pele a be a re loanele ho lira tsa rona.” 21 Ha Samuele a qeta ho utloa mantsoe ’ohle a sechaba, a a bolella Jehova. 22 Jehova a re ho Samuele: “Ba mamele ’me u khethe morena ea tla ba busa.”+ Eaba Samuele o re ho banna ba Iseraele: “kaofela ha lona khutlelang metseng ea habo lona.”

9 Ho ne ho e-na le monna oa leloko la Benjamine ’me lebitso la hae e le Kishe,+ mora oa Abiele, mora oa Zerore, mora oa Bekorathe, mora oa Afia, Mobenjamine+ ea neng a ruile haholo. 2 O ne a e-na le mora ea bitsoang Saule,+ ea neng a le mocha a bile a le motle. Ho ne ho se na monna e motle ho mo feta har’a Baiseraele. O ne a le molelele ho feta batho bohle. Ba ne ba mo fihla mahetleng.

3 Ha litonki* tsa Kishe ntate oa Saule li lahleha, o ile a re ho mora oa hae Saule: “Ke kopa u nke e mong oa bahlanka, le e’o batla litonki tseo.” 4 Ba feta sebakeng se lithaba sa Efraime le naheng ea Shalisha empa ha baa ka ba li fumana. Ba tsamaea le naheng ea Shalime empa le moo ha baa ka ba li fumana. Ba li batla naheng eohle ea Babenjamine empa ha baa ka ba li fumana.

5 Ba fihla naheng ea Zufe ’me Saule a re ho mohlanka oa hae ea neng a e-na le eena: “A re khutle e le hore Ntate a se ke a qetella a tšoenyehile ka rona ho e-na le hore a tšoenyehe ka litonki.”+ 6 Empa mohlanka a re ho eena: “Ho na le mohlanka oa Molimo motseng ona ’me ke monna ea hlomphuoang. Lintho tsohle tseo a li buang lia phethahala.+ A re ee moo hona joale. Mohlomong a ka re bolella hore na re ka fumana litonki hokae.” 7 Eaba Saule o re ho mohlanka oa hae: “Haeba re ea ho monna eo, re tla mo fa eng? Ha re na bohobe mekotleng ea rona. Ha ho na mpho eo re ka e fang mohlanka oa Molimo oa ’nete. Re na le eng eo re ka mo fang eona?” 8 Kahoo, mohlanka a araba Saule hape ’me a re: “Ke na le silevera e boima ba likramo tse ka bang tharo* ka letsohong la ka. Ke tla e fa mohlanka oa Molimo oa ’nete ’me o tla re bolella hore na re ee hokae.” 9 (Mehleng ea khale Iseraele, ha motho a ne a e’o batla keletso ea Molimo, o ne a re: “Tloo, re ee ho seboni.”*+ Motho ea bitsoang moprofeta kajeno, mehleng ea khale o ne a bitsoa seboni.) 10 Joale Saule a re ho mohlanka oa hae: “Ho lokile. A re ee.” Kahoo, ba ea motseng moo mohlanka oa Molimo oa ’nete a neng a le hona teng.

11 Ha ba ntse ba nyoloha moepeng o eang motseng, ba kopana le banana ba e’o kha metsi. Kahoo, ba re ho bona: “Na seboni+ se teng sebakeng see?” 12 Ba ba araba ba re: “Se teng. Ke sane pele mane. Phakisang hobane se tlile motseng kaha kajeno sechaba se etsa sehlabelo+ sebakeng se phahameng.+ 13 Hang ha le kena motseng, le tla kopana le seboni pele se nyolohela sebakeng se phahameng ho ea ja. Batho ba ke ke ba ja ho fihlela se fihla hobane ke sona se hlohonolofatsang sehlabelo. Ka mor’a moo, ba menngoeng ba ka ja. Kahoo, nyolohang ka potlako ’me le tla se fumana.” 14 Eaba ba nyolohela motseng. Ha ba ntse ba kena har’a motse, Samuele a tsoa ho ba khahlanyetsa hore ba nyolohele sebakeng se phahameng.

15 Letsatsi pele Saule a tla, Jehova o ne a ile a re ho Samuele: 16 “Hoo e ka bang ka nako ena hosane, ke tla romela monna ea itseng ea tsoang naheng ea Benjamine.+ O mo tlotse hore e be moeta-pele oa sechaba sa ka sa Iseraele.+ O tla pholosa sechaba sa ka ho Bafilista hobane ke bone kamoo se sotlehang ka teng ebile ke utloile sello sa sona.”+ 17 Ha Samuele a bona Saule, Jehova a re ho eena: “Ke enoa monna eo ke u boleletseng ka eena ka re o tla busa sechaba sa ka.”*+

18 Saule a atamela Samuele keiting ’me a re: “Ke kopa u mpolelle hore na ntlong ea seboni ke hokae?” 19 Samuele a araba Saule a re: “Ke ’na seboni. Nketelle pele, re nyolohele sebakeng se phahameng ’me le tla ja le ’na kajeno.+ U tla tsamaea hoseng ’me ke tla u bolella lintho tsohle tseo u batlang ho li tseba.* 20 Ha e le litonki tse o lahlehetseng matsatsi a mararo a fetileng,+ u se ke oa tšoenyeha ka tsona hobane li fumanoe. Lintho tsohle tsa bohlokoa tsa Iseraele ke tsa mang? Na ha se tsa hao le tsa lelapa lohle la ntate oa hao?”+ 21 Saule a re: “Ke Mobenjamine ea tsoang lelokong le lenyenyane ka ho fetisisa malokong a Iseraele+ ’me lelapa leso ke le tlase ka ho fetisisa malapeng ’ohle a leloko la Benjamine. Joale ke hobane’ng ha u bua ntho e tjee ho ’na?”

22 Samuele a nka Saule le mohlanka oa hae, a ba tlisa holong ea ho jela ’me a ba fa sebaka se ka pele ho ba neng ba menngoe. Ho ne ho e-na le banna ba ka bang 30. 23 Samuele a re ho sephehi: “Tlisa nama eo ke u fileng eona, eo ke ileng ka re u e behelle ka thoko.” 24 Eaba sephehi se nka leoto le nama ea lona ’me se e beha ka pel’a Saule. Samuele a re: “Nama e neng e behiloe ke ena. E je hobane ba ne ba e behetse uena bakeng sa ketsahalo ena. Ke ile ka re ho bona, ‘Ke memme baeti.’” Kahoo, Saule a ja le Samuele letsatsing leo. 25 Ka mor’a moo, ba tloha sebakeng se phahameng+ ba ea motseng ’me Samuele a ’na a bua le Saule ka holim’a ntlo. 26 Ba tsoha hoseng ’me ha letsatsi le chaba Samuele a bitsetsa Saule ka holim’a ntlo a re: “Itokise e le hore ke u felehetse.” Kahoo, Saule a itokisa ’me eena le Samuele ba tsoela ka ntle. 27 Ha ba ntse ba theohela qetellong ea motse, Samuele a re ho Saule: “Bolella mohlanka+ hore a tsamaelle ka pel’a rona.” Eaba o tsamaella ka pel’a bona. “Empa uena u eme e le hore nka u bolella seo Molimo a se buileng.”

10 Samuele a nka botlolo ea oli ’me a tšela Saule hloohong+ ka eona. A mo suna ’me a re: “Jehova o u tlotsitse hore u be moeta-pele+ oa batho* ba hae.+ 2 Ha u tloha ho ’na kajeno, u tla fumana banna ba babeli haufi le lebitla la Ragele+ naheng ea Benjamine e Zelza ’me ba tla re ho uena, ‘Litonki tseo u neng u il’o li batla li fumanoe empa joale ntate oa hao ha a sa tšoenyehile ka litonki+ empa o tšoenyehile ka uena. O ntse a re: “Ke etse’ng hore ke fumane mora oa ka?”’ 3 U fetele pele ho tloha moo ho fihlela u fihla sefateng se seholo sa Tabore. U tla kopana le banna ba bararo moo, ba eang ho Molimo oa ’nete Bethele.+ E mong o tla be a nkile lipotsanyane tse tharo, e mong a nkile lilofo tsa bohobe tse tharo ’me e mong a nkile jeke e kholo ea veine. 4 Ba tla u botsa hore na u ntse u ea joang ’me ba u fe mahobe a mabeli. U amohele mahobe ao. 5 Ka mor’a moo, u ee leralleng la Molimo oa ’nete, setsing sa masole a Bafilista. Ha u kena motseng, u tla kopana le sehlopha sa baprofeta se theoha sebakeng se phahameng ’me ka pel’a sona ho tla be ho ntse ho letsoa seletsa se nang le likhoele, moropa o monyenyane, lekolilo le harepa ha se ntse se profeta. 6 Moea oa Jehova o tla u fa matla+ ’me u tla profeta le bona. Ho tla ba joalokaha eka u fetohile motho e mong.+ 7 Ha lintho* tsena kaofela li phethahala, u etse sohle seo u ka khonang ho se etsa hobane Molimo oa ’nete o na le uena. 8 Ka mor’a moo, u theohele Gilgale+ pele ho ’na ’me ke tla theohela ho uena moo ho tla nehela mahlabelo a secheso le mahlabelo a kopanetsoeng. U eme moo matsatsi a supileng ho fihlela ke tla ho uena ’me ke tla u bolella hore na u etse’ng.”

9 Hang ha Saule a furalla a tloha ho Samuele, Molimo a fetola pelo ea hae ’me lintho tsena tsohle tsa phethahala letsatsing lona leo. 10 Kahoo, ba tloha moo ba ea leralleng ’me sehlopha sa baprofeta sa kopana le eena. Hang-hang moea oa Molimo oa mo fa matla+ eaba o qala ho profeta+ le bona. 11 Ha batho bohle ba neng ba mo tseba ba bona a profeta le baprofeta, ba botsana ba re: “Ho etsahetse’ng ka mora oa Kishe? Na Saule le eena ke e mong oa baprofeta?” 12 Eaba monna e mong o re: “Empa bo-ntate ba baprofeta ba bang ke bo-mang?” Kahoo, ea e-ba polelo ea maele e reng: “Na Saule le eena ke e mong oa baprofeta?”+

13 Ha a qetile ho profeta a ea sebakeng se phahameng. 14 Hamorao ngoan’abo ntate oa Saule a re ho eena le mohlanka oa hae: “Le tsoa hokae?” Eaba o re: “Re tsoa batla litonki+ empa ha rea ka ra li fumana eaba re ea ho Samuele.” 15 Ngoan’abo ntate oa Saule a botsa a re: “Ke kopa u mpolelle hore na Samuele o itse’ng ho lona.” 16 Saule a re ho eena: “O re boleletse hore litonki li se li fumanoe.” Empa Saule ha aa ka a mo bolella seo Samuele a se buileng ka taba ea borena.

17 Eaba Samuele o bokella batho ho Jehova Mizpa+ 18 ’me a re ho Baiseraele: “Jehova Molimo oa Iseraele o re: ‘Ke ’na ea ntšitseng Baiseraele Egepeta le ea ileng a le pholosa ho Baegepeta+ le ho mebuso eohle e neng e le hateletse. 19 Empa kajeno le lahlile Molimo+ oa lona eo e neng e le Mopholosi oa lona mathateng ’ohle a lona le mahlomoleng ’ohle a lona ’me la re: “Re khethele morena ea tla re busa.” Joale emang ka pel’a Jehova ka maloko a lona le ka likete* tsa lona.’”

20 Samuele a re maloko ’ohle a Iseraele a atamele+ eaba ho khethoa leloko la Benjamine.+ 21 A re leloko la Benjamine le atamele ka malapa a lona ’me lelapa la ha Bamateri la khethoa. Qetellong Saule mora oa Kishe a khethoa.+ Empa ha ba ne ba il’o mo batla, ha baa ka ba mo fumana. 22 Kahoo, ba botsa Jehova ba re:+ “Na monna eo o se a tlile moo?” Eaba Jehova o re: “Ke eane o ipatile har’a thoto.” 23 Joale ba matha ’me ba mo tlosa moo. Ha a ema har’a batho, o ne a le molelele ho ba feta kaofela. Ba ne ba mo fihla mahetleng.+ 24 Samuele a re ho sechaba sohle: “Na le bona eo Jehova a mo khethileng?+ Ha ho na ea tšoanang le eena har’a batho bohle.” Sechaba sohle sa hoeletsa sa re: “Morena a ke a phele!”

25 Samuele a bua le sechaba ka lintho tseo marena+ a nang le tokelo ea ho li fuoa eaba o li ngola bukeng ’me a e beha ka pel’a Jehova. Ka mor’a moo, Samuele a re batho bohle ba tsamaee, e mong le e mong a ee ntlong ea hae. 26 Saule le eena a ea habo Gibea, a tsamaea le banna ba matla bao Jehova a neng a amme lipelo tsa bona. 27 Empa banna ba bang ba se nang thuso ba re: “Motho eo o tla re pholosa joang?”+ Kahoo, ba mo nyatsa ’me ba se ke ba mo tlisetsa mpho leha e le efe.+ Empa ha aa ka a re letho ka taba eo.*

11 Nahashe morena oa Baamone+ a nyoloha ho ea loantša motse oa Jabeshe+ o Gileade. Banna bohle ba Jabeshe ba re ho Nahashe: “Etsa selekane* le rona ’me re tla u sebeletsa.” 2 Nahashe morena oa Baamone a re ho bona: “Ke tla etsa tumellano le lona haeba kaofela ha lona le ka lumela hore re le ntše mahlo a lona a matona. Ke tla etsa sena hore ke tlotlolle Baiseraele kaofela.” 3 Baholo ba Jabeshe ba re ho eena: “Re fe matsatsi a supileng hore re tle re romele baromuoa naheng eohle ea Iseraele. Haeba ho se na motho ea re pholosang, re tla inehela ho uena.” 4 Ka mor’a nako baromuoa ba fihla Gibea+ moo Saule a neng a lula teng* ’me ba bolella sechaba mantsoe ana eaba batho bohle ba lla ba hoelelitse.

5 Saule o ne a tsoa naheng a ntse a khanna mohlape eaba o re: “Molato ke’ng ka sechaba? Se llela’ng?” Ba mo bolella hore na banna ba Jabeshe ba itseng. 6 Moea oa Molimo oa fa Saule matla+ ha a utloa litaba tsena eaba o halefa haholo. 7 Kahoo, a nka lipoho tse peli eaba o li poma likoto ’me o roma baromuoa hore ba li ise naheng eohle ea Iseraele. Ba ne ba re: “Mang kapa mang ea sa lateleng Saule le Samuele, a lebelle hore ho tla etsoa tjena ka likhomo tsa hae.” Jehova a etsa hore batho ba tšohe hoo ba ileng ba lumellana ho ea ntoeng. 8 A ba bala ha ba le Bezeke ’me ho ne ho e-na le Baiseraele ba 300 000 le banna ba Juda ba 30 000. 9 Ba re ho baromuoa ba neng ba tlile: “Le tle le re ho banna ba Jabeshe e Gileade, ‘Hosane ha letsatsi le qala ho chesa, le tla pholosoa.’” Kahoo, baromuoa ba tla ’me ba bolella banna ba Jabeshe litaba tseo eaba ba thaba haholo. 10 Banna ba Jabeshe ba re ho Baamone: “Hosane re tla inehela ho lona ’me le ka etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le e batlang ka rona.”+

11 Letsatsing le hlahlamang Saule a arola batho ka lihlopha tse tharo. Hoseng* ba kena har’a litente tsa Baamone+ ’me ba ba bolaea ho fihlela ha letsatsi le chesa. Ba ileng ba phonyoha ba hasana ’me e mong le e mong oa bona a sala a le mong moo a leng teng. 12 Eaba sechaba se re ho Samuele: “Ke bo-mang ba neng ba ntse ba re, ‘Na Saule e tl’o ba morena oa rona?’+ Tlisang banna bao mona re tl’o ba bolaea.” 13 Leha ho le joalo, Saule a re: “Ho se ke ha e-ba le motho ea bolaoang letsatsing lena+ hobane kajeno Jehova o pholositse Baiseraele.”

14 Hamorao Samuele a re ho sechaba: “A re eeng Gilgale+ re e’o phatlalatsa hape hore Saule ke morena.”+ 15 Eaba sechaba sohle se ea Gilgale, se etsa Saule morena ka pel’a Jehova moo. Sa etsa mahlabelo a kopanetsoeng moo ka pel’a Jehova+ ’me Saule le Baiseraele bohle ba keteka ba thabile haholo.+

12 Qetellong Samuele a re ho Baiseraele bohle: “Ke entse* sohle seo le nkopileng sona ’me ke le khethetse morena ea tla le busa.+ 2 Ke enoa morena ea tla le etella pele.*+ Ha e le ’na ke se ke tsofetse ebile ke hlooho e putsoa. Bara ba ka ba mona le lona+ ’me ke ile ka le etella pele ho tloha bocheng ba ka ho fihlela letsatsing lena.+ 3 Ke ’na enoa. Fanang ka bopaki khahlanong le ’na ka pel’a Jehova le ka pel’a motlotsuoa oa hae:+ Ke nkile poho kapa tonki ea mang?+ Kapa ke mang eo ke mo etselitseng bolotsana kapa eo ke mo hateletseng? Ke mang eo ke amohetseng tjotjo ho eena e le hore ke tle ke iphapanyetse seo a se entseng?+ Haeba ke entse lintho tsena, ke tla li khutlisa.”+ 4 Eaba ba re: “Ha oa ka oa re etsetsa bolotsana, oa re hatella kapa oa amohela tjotjo ho tsoa ho motho leha e le ofe.” 5 Kahoo, a re ho bona: “Letsatsing lena, Jehova le motlotsuoa oa hae ke lipaki tsa hore ha lea fumana letho leo le ka nqosang ka lona.”* Eaba ba re: “E, Molimo ke paki.”

6 Samuele a re ho sechaba: “Jehova ea ileng a khetha Moshe le Arone le ea ntšitseng baholo-holo ba lona naheng ea Egepeta,+ ke paki. 7 Emang mona ’me ke tla le ahlola ka pel’a Jehova ka lebaka la lintho tsohle tse lokileng tseo Jehova a le etselitseng tsona, lona le baholo-holo ba lona.

8 Hang ha Jakobo a fihla Egepeta+ ’me baholo-holo ba lona ba hoeletsa ho Jehova ho kopa thuso,+ Jehova o ile a romela Moshe+ le Arone hore ba ba etelle pele ho tsoa Egepeta ’me ba ba tlise sebakeng sena.+ 9 Empa ba ile ba lebala Jehova Molimo oa bona eaba o ba rekisetsa+ Sisera+ molaoli oa lebotho la Hazore, Bafilista+ le morena oa Moabe+ ’me ba ba loantša. 10 Ba hoeletsa ho Jehova ho kopa thuso+ ’me ba re, ‘Re entse sebe+ kaha re tlohetse Jehova eaba re sebeletsa melimo ea Baale+ le litšoantšo tsa Ashtorethe.+ Re pholose ho lira tsa rona e le hore re ka u sebeletsa.’ 11 Jehova a roma Jerubaale,+ Bedane, Jafeta+ le Samuele+ ’me a le pholosa ho lira tsa lona tse le potolohileng ka hohle e le hore le ka lula le sireletsehile.+ 12 Ha le bona hore Nahashe+ morena oa Baamone o le futuhetse le ile la ’na la re ho ’na, ‘Che, re batla ho ba le morena ea tla re busa’+ le hoja Jehova Molimo oa lona e le Morena oa lona.+ 13 Joale ke enoa morena eo le mo khethileng, eo le mo kopileng. Bonang, Jehova o le khethetse morena hore a le buse.+ 14 Haeba le tšaba Jehova,+ le mo sebeletsa,+ le mamela lentsoe la hae+ ’me le sa fetohele litaelo tsa Jehova ebile lona le morena ea le busang le latela Jehova Molimo oa lona, le tla atleha. 15 Empa haeba le sa mamele lentsoe la Jehova ’me le fetohela taelo ea Jehova, Jehova o tla le fa kotlo hammoho le bo-ntate ba lona.+ 16 Emang mona ’me le bone ntho ena e kholo eo Jehova a e etsang ka pel’a mahlo a lona. 17 Kajeno ke letsatsi la ho kotula koro. Ke tla hoeletsa ho Jehova hore a tlise lialuma le pula. Joale le tla tseba le be le utloisise hore na taba ea hore le ikopetse morena e mpe hakaakang mahlong a Jehova.”+

18 Samuele a hoeletsa ho Jehova ’me Jehova a etsa hore ho be le lialuma le pula letsatsing leo hoo sechaba sohle se ileng sa tšaba Jehova le Samuele haholo. 19 Sechaba sohle sa re ho Samuele: “Re rapelle ho Jehova Molimo oa hao+ kaha ha re batle ho shoa hobane ka ho ikopela morena re ekelitse bobe bo bong holim’a libe tsohle tsa rona.”

20 Kahoo, Samuele a re ho sechaba: “Ntho ena eo le e entseng e mpe haholo empa le se ke la tšoha. Le mpe le se ke la furalla Jehova.+ Le sebeletse Jehova ka lipelo tsohle tsa lona.+ 21 Le se ke la kheloha eaba le latela lintho tse se nang thuso,+ tse sa tl’o le tsoela molemo+ le tse ke keng tsa le pholosa hobane ha li na thuso. 22 Jehova a ke ke a lahla batho ba hae+ ka lebaka la lebitso la hae le leholo+ hobane Jehova o khethile ho le etsa sechaba sa hae.+ 23 Ha e le ’na, nke ke ka khaotsa ho le rapella hobane ha nka khaotsa ke tla be ke siteloa Jehova. Ke tla ’ne ke le rute tsela e ntle le e nepahetseng. 24 Le mpe le tšabe Jehova+ ’me le mo sebeletse ka botšepehi* le ka lipelo tsa lona tsohle hobane lea bona hore na o le etselitse lintho tse kholo hakae.+ 25 Empa haeba le etsa lintho tse mpe ebile le sa li soabele, le tla felisoa+ hammoho le morena oa lona.”+

13 Saule o ne a le lilemo li . . .* ha e e-ba morena+ ’me a busa Iseraele ka lilemo tse peli. 2 Saule a khetha banna ba 3 000 Iseraele. Ba 2 000 ba bona ba ne ba e-na le Saule Mikmashe le sebakeng se lithaba sa Bethele ’me ba 1 000 ba e-na le Jonathane+ Gibea+ ea Benjamine. A re batho ba bang kaofela ba tsamaee, e mong le e mong a khutlele tenteng ea hae. 3 Joale Jonathane a bolaea lebotho la sesole la Bafilista+ le neng le le Geba+ ’me Bafilista ba utloela ka taba eo. Saule a laela hore ho letsoe lenaka naheng eohle+ ’me a re: “Baheberu ba ke ba utloe.” 4 Baiseraele bohle ba utloa litaba tse reng: “Saule o bolaile lebotho la sesole la Bafilista ’me joale Bafilista ba hloile Baiseraele.” Kahoo, sechaba sa bokelloa hore se latele Saule Gilgale.+

5 Bafilista le bona ba phutheha ho ea loantša Baiseraele ka likariki tsa ntoa tse 30 000, ka bapalami ba lipere ba 6 000 le ka masole a mangata joaloka lehlabathe le lebopong la leoatle.+ Ba nyoloha ’me ba hloma litente tsa bona Mikmashe ka bochabela ho Bethe-avene.+ 6 Banna ba Iseraele ba bona hore ba mathateng hobane lira tsa bona li ne li ba hlasela. Kahoo, ba ipata mahaheng,+ likoting, mafikeng, likamoreng tse ka tlas’a mehaho le ka likoting tsa metsi. 7 Baheberu ba bang ba ile ba ba ba tšela Jordane ho ea naheng ea Gade le ea Gileade.+ Empa Saule o ne a ntse a le Gilgale ’me batho bohle ba neng ba mo latela ba ne ba thothomela hobane ba ne ba tšohile. 8 A ’na a ema ka matsatsi a supileng ho fihlela nako eo Samuele a neng a e behile e fihla empa Samuele ha aa ka a tla Gilgale ’me batho ba qala ho tloha ho Saule. 9 Qetellong Saule a re: “Ntlisetseng sehlabelo sa secheso le mahlabelo a kopanetsoeng.” Eaba o nyehela sehlabelo sa secheso.+

10 Empa hang ha a qeta ho nyehela sehlabelo sa secheso, Samuele a fihla. Kahoo, Saule a tsoa ho ea mo khahlanyetsa le ho mo lumelisa.* 11 Samuele a re: “U entse’ng?” Saule a re: “Ke bone batho ba ntšiea+ ’me u sa fihle ka nako eo u neng u lokela ho fihla ka eona. Hape Bafilista ba ne ba phuthehela Mikmashe.+ 12 Kahoo, ka nahana ka re, ‘Joale Bafilista ba tla tla ba tl’o ntoantša mona Gilgale ’me ha ke e-s’o kope Jehova hore a nthuse.’ Ka lebaka leo, ke ile ka utloa ke tlameha ho etsa sehlabelo sena sa secheso.”

13 Eaba Samuele o re ho Saule: “Ntho eo u e entseng ke booatla. Ha oa mamela taelo eo Jehova Molimo oa hao a u fileng eona.+ Haeba u ne u mametse, Jehova a ka be a entse hore borena e be ba lesika la hao ka ho sa feleng Iseraele. 14 Empa joale ’muso oa hao o ke ke oa tšoarella.+ Jehova o tla fumana monna ea mo khahlisang+ ’me Jehova o tla mo etsa moeta-pele oa batho ba hae+ hobane ha oa mamela taelo ea Jehova.”+

15 Joale Samuele a ema a tloha Gilgale a nyolohela Gibea ea Benjamine ’me Saule a bala batho. O ne a setse le banna ba ka bang 600.+ 16 Saule le mora oa hae Jonathane le batho ba neng ba setse le bona ba ne ba lula Geba+ ea Benjamine, Bafilista bona ba hlomme litente tsa bona Mikmashe.+ 17 Lihlopha tse tharo tsa masole li ne li tsoa litenteng tsa Bafilista li e’o hlasela Baiseraele. Sehlopha se seng se ne se tsamaea ka tsela e eang Ofra, naheng ea Shuale. 18 Sehlopha se seng se ne se tsamaea ka tsela e eang Bethe-horone+ ’me sehlopha sa boraro se tsamaea ka tsela e eang moeling o shebileng khohlo ea Zeboime, se lebile lefeelleng.

19 Ka nako eo, ho ne ho se na motho ea etsang lintho tsa tšepe Iseraele hobane Bafilista ba ne ba sa batle hore Baheberu ba iketsetse lisabole le marumo. 20 Baiseraele bohle ba ne ba lokela ho ea ho Bafilista hore ba e’o leotsa mehoma, mehoma e kang lipeke, lilepe kapa lisekele tsa bona. 21 Ba ne ba patala ka silevera ea boima ba likramo tse ka bang robeli* hore ba leotse mehoma, mehoma e kang lipeke, lisebelisoa tse meno a mararo, lilepe le hore ba tiise tsenene ea likhomo. 22 Ka letsatsi la ntoa, ha ho na motho ea neng a e-na le sabole kapa lerumo ho batho ba neng ba e-na le Saule le Jonathane.+ Ke Saule le mora oa hae Jonathane feela ba neng ba e-na le libetsa.

23 Joale masole a Bafilista a ne a il’o sireletsa sebaka seo ho fetoang ho sona Mikmashe.+

14 Ka letsatsi le leng Jonathane+ mora oa Saule a re ho mohlanka ea mo tšoarelang libetsa: “Tloo re tšelele ka lehlakoreng le leng litenteng tsa masole a Bafilista.” Empa ha aa ka a bolella ntate oa hae. 2 Saule o ne a lula qetellong ea motse oa Gibea+ tlas’a sefate sa likharenate se Migrone. O ne a e-na le banna ba ka bang 600.+ 3 (Akija mora oa Akitube,+ ngoan’abo Ikabode,+ mora oa Finease,+ mora oa Eli,+ moprista oa Jehova Shilo,+ o ne a jere efoda.)+ Batho ba ne ba sa tsebe hore Jonathane o tsamaile. 4 Lipakeng tsa tsela eo Jonathane a neng a leka ho feta ho eona ho ea litenteng tsa masole a Bafilista, ho ne ho e-na le lefika le tšoanang le leino ka lehlakoreng le leng ’me ho e-na le lefika le tšoanang le leino le ka lehlakoreng le leng. Lebitso la le leng e le Bozeze ’me lebitso la le leng e le Sene. 5 Lefika le leng e ne e le pilara ka leboea le shebile Mikmashe ’me le leng le le ka boroa le shebile Geba.+

6 Kahoo, Jonathane a re ho mojari oa lihlomo tsa hae: “Tloo re tšelele litenteng tsa banna bana ba sa bollang.+ Mohlomong Jehova o tla re thusa hobane ha ho na letho le ka sitisang Jehova ho re pholosa ebang re bangata kapa re ’maloa.”+ 7 Eaba mojari oa lihlomo tsa hae o re ho eena: “Etsa eng kapa eng eo u bonang e lokile. E-ea moo u batlang ’me ke tla u latela hohle moo u eang teng.” 8 Joale Jonathane a re: “Re tla tšela re ee ho banna bao ’me re etse hore ba re bone. 9 Haeba ba re ho rona, ‘Emang moo ho fihlela re tla ho lona,’ re tla ema moo re leng teng ’me re ke ke ra nyolohela ho bona. 10 Empa haeba ba ka re, ‘Tloong ho rona,’ re tla ea hobane eo e tla be e le pontšo ea hore Jehova o tla re thusa hore re ba hlole.”+

11 Eaba ba etsa hore masole a Bafilista a ba bone. Bafilista ba re: “Bonang, Baheberu ba tsoa mekoting eo ba neng ba ipatile ho eona.”+ 12 Kahoo, masole a Bafilista a re ho Jonathane le mojari oa lihlomo tsa hae: “Tloong koano, re tla le ruta ho phela le batho!”+ Hang-hang Jonathane a re ho mojari oa lihlomo tsa hae: “Ntšale morao hobane Jehova o tla thusa Baiseraele hore ba ba hlole.”+ 13 Jonathane a nyoloha ka maoto le matsoho, mojari oa lihlomo tsa hae a mo setse morao. Eaba Jonathane o hlasela Bafilista. Mojari oa lihlomo tsa hae a tla ka mor’a hae a ntse a ba bolaea. 14 Ha Jonathane le mojari oa lihlomo tsa hae ba hlasela ka lekhetlo la pele, ba ile ba bolaea banna ba ka bang 20 ba e-s’o ee le hole.*

15 Joale masole a Bafilista a neng a le litenteng le masole ’ohle a sireletsang a tšoha esita le masole a neng a e’o hlasela Baiseraele.+ Lefatše la thothomela ’me Molimo a etsa hore Bafilista ba tšohe. 16 Balebeli ba Saule ba Gibea+ ea Benjamine ba bona ho le moferefere hohle litenteng tsa lira tsa bona.+

17 Saule a re ho batho ba neng ba e-na le eena: “Ke kopa le bale batho ’me re bone hore na ke bo-mang ba sieo.” Ha ba bala batho, ba hlokomela hore Jonathane le mojari oa lihlomo tsa hae ha ba eo. 18 Joale Saule a re ho Akija:+ “Atametsa Areka ea Molimo oa ’nete.” (Areka ea Molimo oa ’nete e ne e le ho Baiseraele ka nako eo.*) 19 Ha Saule a ntse a bua le moprista, moferefere o litenteng tsa Bafilista o ne o ntse o eketseha. Eaba Saule o re ho moprista: “Tlohela seo u ntseng u se etsa.”* 20 Kahoo, Saule le masole ’ohle a neng a e-na le eena ba kopana ’me ba ea ntoeng. Ha ba fihla moo, ba fumana Bafilista ba hlabana ka lisabole, ho le moferefere. 21 Hape Baheberu ba neng ba le ka lehlakoreng la Bafilista le ba neng ba tlile le Bafilista litenteng tsa bona ba ne ba ea ka lehlakoreng la Baiseraele hore ba be tlas’a Saule le Jonathane. 22 Banna bohle ba Iseraele ba neng ba ipatile+ lithabeng tsa Efraime ba utloela hore Bafilista ba balehile eaba le bona baa ba lelekisa ho ea ba loantša. 23 Kahoo, Jehova a pholosa Baiseraele letsatsing leo+ ’me ba loana ho ea fihla Bethe-avene.+

24 Banna ba Iseraele ba ne ba khathetse haholo letsatsing leo hobane Saule o ne a entse hore ba hlapanye hore ba ke ke ba ja lijo pele e e-ba mantsiboea le pele a hlola lira tsa hae, ho seng joalo ba tla hlaheloa ke tlokotsi. Ka lebaka leo, ha ho na motho ea ileng a ja.+

25 Masole ’ohle a tla morung ’me ho ne ho e-na le mahe a linotši fatše. 26 Ha masole a fihla morung, a bona mahe a linotši a ntse a rothela fatše empa ha ho na lesole le ileng la a ja hobane a ne a tšaba kano eo Saule a e entseng. 27 Jonathane o ne a sa utloa ha ntate oa hae a etsa hore batho ba hlapanye.+ Kahoo, a khoatha mahe a linotši ka ntlha ea molamu oa hae. Ha a a ja, a ba le matla hape.* 28 Eaba le leng la masole le re: “Ntate oa hao o entse hore batho ba hlapanye hore ba ke ke ba ja lijo kajeno, ho seng joalo ba tla hlaheloa ke tlokotsi.+ Ke kahoo batho ba khathetseng hakana.” 29 Leha ho le joalo, Jonathane a re: “Ntate oa ka o sotlile batho. Bonang kamoo ke fumaneng matla kateng ka mor’a hore ke je mahenyana ana a linotši. 30 Haeba kajeno batho ba ne ba jele+ lintho tseo ba li hapileng ho lira tsa bona, ba ka be ba hlotse le ho feta. Ho ka be ho bolailoe Bafilista ba bangata le ho feta.”

31 Letsatsing leo ba ’na ba bolaea Bafilista ho tloha Mikmashe ho ea Ajalone+ ’me masole a khathala haholo. 32 Batho ba e-ba meharo ’me ba mathela lintho tse hapuoeng, ba nka linku, likhomo le manamane. Ba hlabela liphoofolo tseo fatše ’me ba jelella nama le mali.+ 33 Kahoo, Saule a tsebisoa ha thoe: “Bona batho ba siteloa Jehova ’me ba jelella nama le mali.”+ Eaba o re: “Ha lea tšepahala. Pitikisang lejoe le leholo le le tlise ho ’na hona joale.” 34 Saule a re: “E-eang ho batho ’me le re ho bona, ‘Kaofela ha lona tlisang lipoho le linku le tl’o li hlabela mona ebe lea li ja. Le se ke la siteloa Jehova ka ho jelella nama le mali a eona.’”+ Kaofela ba tlisa lipoho tsa bona bosiung boo ’me ba li hlabela moo. 35 Saule a hahela Jehova aletare.+ Ena e ne e le aletare ea pele eo a ileng a e hahela Jehova.

36 Hamorao Saule a re: “A re lelekiseng Bafilista bosiu ’me re ba nkele thepa ho fihlela hoseng. Re ke ke ra tlohela le ea mong oa bona hore a pholohe.” Eaba ba re: “Etsa eng kapa eng eo u bonang e lokile.” Joale moprista a re: “A re botseng Molimo oa ’nete mona.”+ 37 Saule a botsa Molimo a re: “Na ke lelekise Bafilista?+ Na u tla thusa Baiseraele hore ba ba hlole?” Empa Molimo ha aa ka a mo araba letsatsing leo. 38 Saule a re: “Tloong mona, lona balaoli bohle ba sesole ’me le tl’o fumana hore na ke sebe sefe se entsoeng kajeno. 39 Ke hlapanya ka Jehova Molimo ea phelang ea ileng a pholosa Iseraele hore leha e ka ba se entsoe ke Jonathane mora oa ka, a bolaoe.” Empa ha ho na motho ea ileng a mo araba. 40 Eaba o re ho Baiseraele: “Le tla ba ka lehlakoreng le leng ’me ’na le mora oa ka re tla ba ka lehlakoreng le leng.” Eaba batho ba re ho Saule: “Etsa seo u bonang se lokile.”

41 Saule a re ho Jehova: “Molimo oa Iseraele, araba ka Thumime!”+ Ha khethoa Jonathane le Saule eaba batho ba bang baa lokoloha. 42 Saule a re: “Lahlang lotho+ e le hore le etse qeto pakeng tsa ka le mora oa ka Jonathane.” Eaba ho khethoa Jonathane. 43 Saule a re ho Jonathane: “Mpolelle, u entse’ng?” Jonathane a re: “Ke mpa feela ke latsoitse mahenyana a linotši ka ntlha ea molamu o letsohong la ka.+ Ke ’na enoa! Ke itokiselitse ho shoa!”

44 Eaba Saule o re: “Molimo a ke a mphe kotlo e bohloko haeba u sa shoe Jonathane.”+ 45 Empa batho ba re ho Saule: “Na Jonathane o lokela ho shoa empa e le eena ea thusitseng Baiseraele hakaale hore ba hlole?*+ Ntho eo ha e utloahale! Re ikana ka Jehova ea phelang hore ho hang re ke ke ra lumella hore a lematsoe* hobane o entse joalo ka thuso ea Molimo.”+ Ka tsela eo, batho ba pholosa* Jonathane ’me ha aa ka a shoa.

46 Kahoo, Saule a khaotsa ho lelekisa Bafilista ’me Bafilista ba ea sebakeng sa bona.

47 Saule a busa libaka tsohle tsa Iseraele ’me a loantša lira tsohle tsa hae tse ka mahlakoreng ’ohle. A loantša Bamoabe,+ Baamone,+ Baedomo,+ marena a Zoba+ le Bafilista.+ Hohle moo a neng a ea teng o ne a hlola. 48 O ile a loana a le sebete, a hlola Baamaleke+ ’me a pholosa Baiseraele ho lira tsa bona.

49 Bara ba Saule e ne e le Jonathane, Ishvi le Malki-shua.+ Hape o ne a e-na le barali ba babeli. Lebitso la e moholo e ne e le Merabe+ ’me la e monyenyane e le Mikale.+ 50 Lebitso la mosali oa Saule e ne e le Akinoame morali oa Akimaze, lebitso la molaoli oa sesole sa hae e le Abnere+ mora oa Nere, rangoane oa Saule. 51 Kishe+ e ne e le ntate oa Saule ’me Nere+ ntate oa Abnere e le mora oa Abiele.

52 Nakong ea puso ea Saule, ho ne ho lula ho e-na le ntoa e boima pakeng tsa hae le Bafilista.+ Ha Saule a bona monna leha e le ofe ea matla kapa ea sebete o ne a mo kenya sesoleng sa hae.+

15 Samuele a re ho Saule: “Jehova o ile a nthomela hore ke u tlotse hore u be morena oa sechaba sa hae sa Iseraele.+ Mamela hore na Jehova o re’ng.+ 2 Jehova oa mabotho o re: ‘Ke tla iphetetsa ho Baamaleke hobane ba ile ba hlasela Baiseraele ha ba tsoa Egepeta.+ 3 Joale tsamaea u e’o bolaea Baamaleke+ ’me u ba felise+ hammoho le lintho tsohle tsa bona. U se ke oa ba qenehela. U bolaee+ banna, basali, bana, masea, lipoho, linku, likamele le litonki.’”+ 4 Saule a bitsa batho ’me a ba bala a le Telaime. E ne e le masole a 200 000 a tsamaeang ka maoto le banna ba Juda ba 10 000.+

5 Saule le banna ba hae ba fihla motseng oa Baamaleke ’me ba ipata haufi le khohlo.* 6 Eaba Saule o re ho Bakene:+ “Tlohang har’a Baamaleke e le hore ke se ke ka le felisa hammoho le bona+ hobane le ile la ba mosa* ho sechaba sohle sa Iseraele+ ha se tsoa Egepeta.” Kahoo, Bakene ba tloha har’a Baamaleke. 7 Ka mor’a moo, Saule a bolaea Baamaleke+ ho tloha Havila+ ho ea fihla Shure,+ e pel’a Egepeta. 8 A tšoara Agage+ morena oa Amaleke a ntse a phela empa a bolaea batho ba bang bohle ka sabole.+ 9 Leha ho le joalo, Saule le batho ba hae ba qenehela Agage le liphoofolo tse ntlehali ho linku le lipoli, ho liphoofolo tse kholo, ho liphoofolo tse nonneng, ho liramo le lintho tsohle tse ntle.+ Ba ne ba sa batle ho li felisa. Empa ba felisa lintho tsohle tse neng li se na thuso le tseo ba neng ba sa li batle.

10 Eaba Jehova o re ho Samuele: 11 “Kea itšola* ka hore ebe ke entse Saule morena hobane o tlohetse ho ntatela ’me ha a etsa seo ke itseng a se etse.”+ Samuele a utloa bohloko haholo ’me a ’na a hoeletsa ho Jehova bosiu bohle.+ 12 Samuele a tsoha esale hoseng ho ea kopana le Saule eaba o bolelloa sena: “Saule o ile a ea Karmele+ eaba o iketsetsa seemahale* moo.+ Ka mor’a moo, a theohela Gilgale.” 13 Qetellong ha Samuele a kopana le eena, Saule a re: “E se eka Jehova a ka u hlohonolofatsa. Ke entse seo Jehova a itseng ke se etse.” 14 Empa Samuele a re: “Joale ke hobane’ng ha ke utloa linku le lipoli li lla ebile ke utloa le molumo oa likhomo?”+ 15 Eaba Saule o re: “Li nkuoe ho Baamaleke hobane batho ba ile ba qenehela* liphoofolo tse ntlehali ho linku, lipoli le liphoofolo tse kholo hore ba tl’o etsetsa Jehova Molimo oa hao sehlabelo ka tsona. Empa tse ileng tsa sala re ile ra li bolaea.” 16 Samuele a re ho Saule: “Butle pele, e-re ke u bolelle hore na Jehova o itse’ng ho ’na bosiung bo fetileng.”+ Saule a re ho eena: “Mpolelle.”

17 Samuele a tsoela pele a re: “Ha u ne u khethoa hore u be hlooho ea maloko a Iseraele leha Jehova a ne a u tlotsa hore u be morena oa Iseraele,+ u ne u ipona u se motho oa bohlokoa.+ 18 Hamorao Jehova a u roma a re, ‘Tsamaea u e’o felisa Baamaleke ba baetsalibe.+ U ba loantše ho fihlela u ba felisitse.’+ 19 Joale ke hobane’ng ha u sa mamela Jehova? Ho e-na le hoo, u ile oa ba meharo, oa potlakela linthong tse hapuoeng+ ’me oa etsa se sebe mahlong a Jehova.”

20 Saule a re ho Samuele: “Empa ke mametse Jehova. Ke ile moo Jehova a itseng ke ee teng ’me ka khutla le Agage morena oa Baamaleke eaba ke felisa Baamaleke.+ 21 Batho ba ile ba nka linku le likhomo ho lintho tse hapiloeng, ba nka tse ntlehali ho tse neng li lokela ho bolaoa e le hore ba etsetse Jehova Molimo oa hao sehlabelo Gilgale.”+

22 Eaba Samuele o re: “Na Jehova o thabisoa ke linyehelo tsa secheso le mahlabelo+ ho feta hore Jehova a mameloe? Ho mamela ho molemo ho feta sehlabelo+ ’me ho utloa ho molemo ho feta mafura+ a liramo.* 23 Borabele+ bo tšoana le sebe sa bonohe+ ’me boikhohomoso bo tšoana le boloi le ho rapela litšoantšo.* Kaha ha oa mamela Jehova,+ le eena oa u lahla hore u se ke oa ba morena.”+

24 Saule a re ho Samuele: “Ke entse sebe kaha ha kea mamela taelo ea Jehova le mantsoe a hao. Ke ile ka tšaba batho ’me ka mamela seo ba se buang. 25 Ke kopa u ntšoarele ka lebaka la sebe sa ka ’me u khutle le ’na e le hore nka khumamela Jehova.”+ 26 Empa Samuele a re ho Saule: “Nke ke ka khutla le uena hobane ha oa mamela Jehova. Jehova o u lahlile hore u se ke oa tsoela pele u le morena oa Iseraele.”+ 27 Ha Samuele a furalla a tsamaea, Saule a tšoara lemeno le tlase la seaparo se se nang matsoho sa Samuele empa sa taboha. 28 Eaba Samuele o re ho eena: “Kajeno Jehova o u amohile ’muso oa Iseraele ’me o tla u fa motho e mong ea molemo ho u feta.+ 29 Ho feta moo, Mohlomphehi ea Khabane oa Iseraele+ a ke ke a bua leshano+ kapa a fetola maikutlo a hae* hobane ha se motho hore a ka fetola maikutlo a hae.”+

30 Saule a re: “Ke entse sebe. Empa ke kopa hore u ntlhomphe ka pel’a baholo ba sechaba sa ka le ka pel’a Baiseraele. Khutla le ’na ’me ke tla khumamela Jehova Molimo oa hao.”+ 31 Kahoo, Samuele a khutla a setse Saule morao ’me Saule a khumamela Jehova. 32 Joale Samuele a re: “Tlisang Agage morena oa Amaleke ho ’na.” Agage a ea ho eena a tšohile* hobane Agage o ne a ntse a re ka pelong: ‘Ke phonyohile lefu.’* 33 Leha ho le joalo, Samuele a re: “Feela joalokaha u utloisitse basali bohloko ka ho bolaea bana ba bona ka sabole, ’mè oa hao le eena o tla utloa bohloko ho feta basali ba bang kaofela ba bolaetsoeng bana.” Eaba Samuele o poma Agage likoto ka pel’a Jehova Gilgale.+

34 Samuele a ea Rama ’me Saule a nyolohela ntlong ea hae e Gibea. 35 Samuele ha aa ka a hlola a bona Saule hape ho fihlela a shoa hobane Saule o ne a mo utloisitse bohloko haholo.+ Jehova a itšola hore ebe o entse Saule morena oa Iseraele.+

16 Jehova a qetella a itse ho Samuele: “U tla ’ne u utloe bohloko ka lebaka la Saule+ ho fihlela neng ha e le moo ke mo lahlile hore e se ke ea hlola e e-ba morena oa Iseraele?+ Tlatsa lenaka la hao ka oli+ ’me u tsamaee. Ke tla u romela ho Jese+ oa Mobethlehema hobane ke ikhethetse morena ho bara ba hae.”+ 2 Empa Samuele a re: “Nka ea joang? Ha Saule a ka utloa, o tla mpolaea.”+ Jehova a mo araba a re: “Tsamaea le khomo e nyenyane ’me u re, ‘Ke tlile ho tla etsetsa Jehova sehlabelo.’ 3 U memele Jese sebakeng seo u tla etsetsa sehlabelo ho sona ’me ke tla u bolella hore na u etse’ng. U ntlotsetse eo ke tla u bontša eena.”+

4 Samuele a etsa seo Jehova a se buileng. Ha a fihla Bethlehema,+ baholo ba motse ba thothomela ha ba kopana le eena eaba ba re: “Na u tlile ka khotso?” 5 Eaba o re: “Ke tlile ka khotso. Ke tlile ho tla etsetsa Jehova sehlabelo. Itlhoekiseng,* le tle le ’na moo ke e’o etsetsa sehlabelo teng.” A hloekisa* Jese le bara ba hae. Ka mor’a moo, a ba memela moo a e’o etsetsa sehlabelo teng. 6 Eitse ha ba kena ’me a bona Eliabe+ a re: “E tlameha ebe enoa ke motlotsuoa oa Jehova.” 7 Empa Jehova a re ho Samuele: “U se ke oa sheba tsela eo a shebahalang ka eona le kamoo a leng molelele kateng+ kaha ha kea khetha eena. Molimo ha a shebe lintho ka tsela eo motho a li shebang ka eona. Motho o bona se bonoang ke mahlo feela empa Jehova o bona se ka pelong.”+ 8 Joale Jese a bitsa Abinadabe+ ’me a re a fete ka pel’a Samuele empa a re: “Le enoa Jehova ha a mo khetha.” 9 Ka mor’a moo, Jese a tlisa Shama+ empa Samuele a re: “Le enoa Jehova ha a mo khetha.” 10 Kahoo, Jese a re bara ba hae ba supileng ba fete ka pel’a Samuele empa Samuele a re ho Jese: “Ha ho na eo Jehova a mo khethileng har’a bona.”

11 Qetellong Samuele a re ho Jese: “Na baa ke bara bohle ba hao?” Eaba o re: “Ho ntse ho e-na le e mong e monyenyane.+ O ntse a lisitse linku.”+ Samuele a re ho Jese: “E-re a latoe hobane re ke ke ra lula fatše ra ja a e-s’o fihle.” 12 Kahoo, a roma motho hore a mo late. O ne a le mofubelu, a e-na le mahlo a matle ’me a le motle.+ Joale Jehova a re: “Ema, u mo tlotse hobane enoa ke eena.”+ 13 Samuele a nka lenaka le tšetseng oli+ ’me a mo tlotsa ka pel’a bo-abuti ba hae. Moea oa Jehova oa qala ho fa Davida matla ho tloha letsatsing leo ho ea pele.+ Hamorao Samuele a tloha ’me a ea Rama.+

14 Moea oa Jehova o ne o tlohile ho Saule+ ’me moea o mobe o tsoang ho Jehova o ne o mo tšoenya.+ 15 Bahlanka ba Saule ba re ho eena: “Oa bona hore moea o mobe o tsoang ho Molimo oa u tšoenya. 16 Morena oa rona, re kopa hore u re rome re e’o batla monna ea tsebang ho letsa harepa.+ Neng kapa neng ha moea o mobe o tsoang ho Molimo o tla ho uena, o tla e letsa ’me u tla ba hantle.” 17 Kahoo, Saule a re ho bahlanka ba hae: “Ke kopa le mpatlele monna ea tsebang ho letsa harepa hamonate ’me le mo tlise ho ’na.”

18 E mong oa bahlanka a re: “Ke bone kamoo mora oa Jese oa Mobethlehema a letsang harepa hamonate kateng ebile ke monna ea sebete le ea matla.+ O bua hamonate, o motle+ ’me Jehova o na le eena.”+ 19 Eaba Saule o romela baromuoa ho Jese o re: “Romela mora oa hao Davida ea ntseng a lisa mohlape.”+ 20 Jese a nka tonki a e jarisa bohobe, lekuka* la veine le potsanyane ’me a li romela ho Saule ka mora oa hae Davida. 21 Kahoo, Davida a tla ho Saule ’me a qala ho mo sebeletsa.+ Saule o ile a mo rata haholo ’me ea e-ba mojari oa lihlomo tsa hae. 22 Saule a romela molaetsa ho Jese a re: “Ke kopa u lumelle Davida hore a ’ne a ntšebeletse hobane kea mo rata.” 23 Neng kapa neng ha moea o mobe o tsoang ho Molimo o tla ho Saule, Davida o ne a nka harepa a e letsa ebe Saule oa imoloha, o ba hantle ’me moea o mobe o ne o tloha ho eena.+

17 Bafilista+ ba bokella masole a bona hore a e’o loana. Ba ea Soko+ ea Juda ’me ba hloma litente tsa bona pakeng tsa Soko le Azeka,+ Efese-damime.+ 2 Saule le banna ba Iseraele ba bokana ’me ba hloma litente tsa bona Khohlong* ea Ela+ eaba ba itokisetsa ho ea loantša Bafilista. 3 Bafilista ba ne ba eme thabeng e ’ngoe ’me Baiseraele ba le thabeng e ’ngoe, khohlo e le lipakeng tsa bona.

4 Eaba ho tsoa mohlabani* litenteng tsa Bafilista. Lebitso la hae e ne e le Goliathe,+ a tsoa Gathe.+ O ne a le bolelele ba limithara tse ka bang tharo.* 5 A roetse helmete ea koporo, a apere seaparo sa tšepe se nang le makhakhapha a palamaneng. Boima ba seaparo seo sa koporo+ e ne e ka ba lik’hilokramo tse 57.* 6 A roetse litšireletso tsa moomo tsa koporo maotong a hae ’me mokokotlong oa hae a jere lerumo+ le betsoang. 7 Mofeng oa lerumo la hae o ne o tšoana le thupa ea foreimi ea batho ba etsang masela,+ motsu oa tšepe oa lerumo la hae o le boima bo ka etsang lik’hilokramo tse supileng* ’me mojari oa thebe ea hae a tsamaea ka pel’a hae. 8 A ema eaba o hoeletsa lebotho la Iseraele+ o re ho lona: “Ke hobane’ng ha le tlile moo ho tla loana le rona? Ke ’na Mofilista ea matla ka ho fetisisa ’me lona le mpa le le bahlanka ba Saule. Ikhetheleng monna ’me le re a tle ho ’na. 9 Haeba a loana le ’na ’me a mpolaea, re tla ba bahlanka ba lona. Empa ha nka mo hlola ’me ka mo bolaea le tla ba bahlanka ba rona ’me le re sebeletse.” 10 Ka mor’a moo, Mofilista eo a re: “Kajeno ke batla ho bona hore na masoleng a Iseraele+ ke mang ea nang le sebete sa ho ntoantša. Mpheng monna, ’na le eena re loane.”

11 Ha Saule le Baiseraele bohle ba utloa mantsoe ana a Mofilista, ba tšoha haholo.

12 Davida e ne e le mora oa Jese+ oa Moefratha+ ea tsoang Bethlehema+ ea Juda. Jese o ne a e-na le bara ba robeli+ ’me mehleng ea Saule o ne a se a tsofetse. 13 Bara ba bararo ba baholo ba Jese ba ne ba setse Saule morao ho ea ntoeng.+ Mabitso a bara ba hae ba bararo ba neng ba ile ntoeng e ne e le Eliabe+ letsibolo, mora oa hae oa bobeli Abinadabe+ le oa boraro Shama.+ 14 Davida e ne e le eena oa ho fela+ ’me bara ba bararo ba baholo ba ne ba setse Saule morao.

15 Ha Davida a ntse a sebeletsa Saule o ne a ea hae ho ea hlokomela linku+ tsa ntate oa hae Bethlehema a bile a khutla. 16 Ka nako eo, Mofilista eo o ne a atamela a ema sebakeng sa hae hoseng ho hong le ho hong le mantsiboea a mang le a mang ka matsatsi a 40.

17 Jese a re ho mora oa hae Davida: “Ke kopa u nke lilithara tsena tse ka bang 22* tsa koro* e halikiloeng le mahobe ana a leshome ’me u ee litenteng tsa sesole u li isetse bo-abuti ba hao ka potlako. 18 Nka likarolo tsena tse leshome tsa chisi* u li ise ho molaoli oa ba sekete. Hape u utloe hore na bo-abuti ba hao ba phela joang ’me u tle le bopaki ba hore ba ntse ba ea hantle.” 19 Ba ne ba e-na le Saule le banna ba bang bohle ba Iseraele Khohlong* ea Ela,+ ba loantša Bafilista.+

20 Davida a tsoha hoseng ’me a siea motho e mong hore a hlokomele linku. Joale a paka lintho ’me a tsamaea feela joalokaha Jese a ne a mo laetse. Ha a fihla litenteng tsa masole, masole a ne a tsoa a ea ntoeng, a hoelelitse ho bontša hore a itokiselitse ho loana. 21 Baiseraele le Bafilista ba ema ba shebane moleng oa ntoa. 22 Hang-hang Davida a siea thoto ea hae ho mohlokomeli oa lithoto ’me a mathela ntoeng. Ha a fihla, a botsa hore na bo-abuti ba hae ba ntse ba ea joang.+

23 Ha a ntse a bua le bona, ha fihla mohlabani ea bitsoang Goliathe,+ Mofilista ea tsoang Gathe. O ne a tsoa lebothong la sesole la Bafilista eaba o bua mantsoe ao a neng a a buile pele+ ’me Davida a mo utloa. 24 Ha banna bohle ba Iseraele ba bona monna eo, ba tšoha eaba baa mo baleha.+ 25 Banna ba Iseraele ba ne ba re: “Na le bone monna eo? O tlile ho tla rohaka* Baiseraele.+ Monna ea tla mo bolaea, morena o tla mo fa maruo a mangata, a mo fe morali oa hae+ a be a lokolle lelapa la ntate oa hae hore le se ke la fana ka lintho tseo Baiseraele ba lokelang ho li fa morena.”

26 Davida a re ho banna ba neng ba eme haufi le eena: “Monna ea tla tlosa lenyatso ho Iseraele ka ho bolaea Mofilista eloa o tla putsoa ka eng? Mofilista eo ea sa bollang ke mang hore a rohake lebotho la sesole la Molimo ea phelang?”+ 27 Batho ba pheta ntho eo ba neng ba e buile pele ba re: “Monna ea tla mo bolaea o tla putsoa ka tsela ena.” 28 Ha abuti oa hae e moholo Eliabe+ a utloa a bua le banna bao, a halefa ’me a re ho Davida: “U tl’o batla’ng moo? Hona linku tsela tse ’maloa u li siile le mang lefeelleng?+ Kea tseba hore oa ikhohomosa le hore u na le merero e mebe. U tlile mona hore feela u tl’o shebella ntoa.” 29 Davida a re: “Ke entse’ng joale? Ke ne ke mpa ke botsa feela.” 30 Kahoo, Davida a tloha ho eena a ea ho motho e mong a fihla a mo botsa potso e tšoanang le ea pele,+ batho ba ne ba mo araba ka tsela e tšoanang le ea pele.+

31 Batho ba utloa seo Davida a se buileng ’me ba se bolella Saule. Eaba Saule o re a bitsoe. 32 Davida a re ho Saule: “Le se ke la tšosoa ke monna eo. ’Na mohlanka oa hao ke tla ea ke e’o loantša Mofilista eo.”+ 33 Empa Saule a re ho Davida: “U ke ke oa khona ho loana le Mofilista eo hobane u sa le moshanyana,+ eena haesale e le lesole* ho tloha a sa le mocha.” 34 Davida a re ho Saule: “Ha ke ne ke lisitse mohlape oa Ntate, ho ile ha tla tau+ ea fihla ea nka nku mohlapeng. Ka letsatsi le leng ha tla bere ’me ea fihla ea etsa se tšoanang. 35 Ke ile ka li sala morao eaba kea li hlasela ’me ka pholosa linku melomong ea tsona. Ha li ntlhasela, ka li tšoara ka boea* eaba kea li bolaea. 36 Mohlanka oa hao o ile a bolaea tau le bere ’me Mofilista eo ea sa bollang o tla shoa joaloka e ’ngoe ea tsona hobane o rohakile* mabotho a sesole a Molimo ea phelang.”+ 37 Davida a boela a re: “Jehova ea mpholositseng ho tau le ho bere,* ke eena ea tla mpholosa ho Mofilista eo.”+ Eaba Saule o re ho Davida: “Tsamaea ’me e se eka Jehova a ka ba le uena.”

38 Saule a apesa Davida liaparo tsa hae. A mo roesa helmete ea koporo hloohong eaba o mo apesa seaparo sa tšepe. 39 Davida a tlamella sabole ea hae holim’a liaparo tsa hae ’me a leka ho tsamaea ka tsona empa a hloleha hobane o ne a sa li tloaela. Davida a re ho Saule: “Ha ke khone ho tsamaea ka lintho tsena hobane ha kea li tloaela.” Kahoo, Davida a li hlobola. 40 Joale a nka molamu oa hae, a khetha majoe a mahlano a boreleli nokaneng* ’me a a kenya ka mokotleng oa hae oa balisa, a tšoere letjeketjane+ la hae. Eaba o atamela Mofilista.

41 Mofilista a ’na a atamela Davida, a eteletsoe pele ke monna ea mo jarelang thebe. 42 Ha Mofilista eo a bona Davida, a mo rohaka hobane e ne e le moshanyana feela e motle, e mofubelu.+ 43 Kahoo, Mofilista eo a re ho Davida: “Na ke ntja,+ ha e le moo o tl’o ntoantša ka lithupa?” Eaba Mofilista eo o rohaka Davida ka melimo ea hae. 44 Mofilista a re ho Davida: “Tloo koano, ke tl’o fepa linonyana le liphoofolo tse hlaha nama ea hao.”

45 Davida a re ho Mofilista: “U tla ho ’na ka sabole, lerumo le ka lerumo+ le betsoang empa ’na ke tla ho uena ka lebitso la Jehova oa mabotho,+ Molimo oa mabotho a Iseraele, eo u mo rohakileng.*+ 46 Letsatsing lena Jehova o tla etsa hore ke u hlole.+ Ke tla u bolaea, ke u khaole hlooho ’me kajeno ke tla fepa linonyana le liphoofolo tse hlaha ka litopo tsa masole a Bafilista. Batho bohle lefatšeng ba tla tseba hore ho na le Molimo Iseraele.+ 47 Batho bohle ba bokaneng mona* ba tla tseba hore Jehova ha a hloke sabole kapa lerumo ho re pholosa+ hobane ntoa ke ea Jehova+ ’me o tla re thusa hore re le hlole kaofela.”+

48 Eaba Mofilista oa atamela ho ea kopana le Davida ’me Davida a matha kapele ho ea loantša Mofilista eo. 49 Davida a kenya letsoho ka mokotleng oa hae a ntša lejoe ’me a le betsa ka letjeketjane, a otla Mofilista phatleng. Lejoe leo la kenella phatleng eaba o oela fatše ka sefahleho.+ 50 Kahoo, Davida a hlola Mofilista eo ka letjeketjane le lejoe. O ile a otla Mofilista eo a ba a mo bolaea le hoja a ne a sa tšoara sabole.+ 51 Davida a ’na a matha, a fihla a ema pel’a hae. A ntša sabole ea Mofilista eo+ selateng* sa eona ’me a etsa bonnete ba hore o shoele ka ho mo khaola hlooho ka eona. Ha Bafilista ba bona hore senatla sa bona se shoele, ba baleha.+

52 Banna ba Iseraele le ba Juda ba hoeletsa eaba ba lelekisa Bafilista ho tloha khohlong+ ho ea fihla likeiting tsa Ekrone.+ Bafilista ba bolailoeng ba ne ba oetse tseleng ho tloha Sharaime+ ho ea fihla Gathe le Ekrone. 53 Ha Baiseraele ba tsoa lelekisa Bafilista, ba ile ba inkela thepa litenteng tsa bona.

54 Davida a nka hlooho ea Mofilista a e tlisa Jerusalema empa a beha libetsa tsa Mofilista eo ka tenteng ea hae.+

55 Ha Saule a bona Davida a ea ho Mofilista, o ile a re ho Abnere+ molaoli oa lebotho la sesole: “Moshanyana eo ke oa mang+ Abnere?” Abnere a re: “Moren’a ka, ho bua ’nete feela, ha ke tsebe.” 56 Morena a re: “Botsa hore na mohlankana enoa ke mora oa mang.” 57 Kahoo, hang ha Davida a tsoa bolaea Mofilista, Abnere a mo tlisa ka pel’a Saule a nkile hlooho ea Mofilista+ eo ka letsoho. 58 Saule a re ho eena: “Moshanyana, u mora oa mang?” Davida a re: “Ke mora oa mohlanka oa hao Jese+ oa Mobethlehema.”+

18 Hang ha Davida a qetile ho bua le Saule, Jonathane+ le Davida ea e-ba metsoalle e haufi-ufi* ’me Jonathane a mo rata joalokaha a ithata.+ 2 Ho tloha letsatsing leo, Saule a nka Davida hore a mo sebeletse ’me ha aa ka a mo lumella hore a khutlele ntlong ea ntate oa hae.+ 3 Jonathane le Davida ba etsa tumellano*+ ea ho ba metsoalle hobane o ne a mo rata joalokaha a ithata.+ 4 Jonathane a hlobola seaparo se se nang matsoho seo a neng a se apere ’me a se fa Davida hammoho le liaparo tsa hae tsa ntoa, sabole ea hae, seqha sa hae le lebanta la hae. 5 Davida a qala ho ea lintoeng ’me hohle moo Saule a neng a mo romela teng, o ne a atleha.*+ Kahoo, Saule a mo beha hore a okamele banna ba ntoa+ ’me taba ena ea thabisa batho bohle hammoho le bahlanka ba Saule.

6 Ha Davida le ba bang ba khutla ba tsoa bolaea Bafilista, basali ba ne ba tsoa metseng eohle ea Iseraele ba bina+ ’me ba tantša, ba khahlanyetsa morena Saule ka meropa e menyenyane+ le ka lilute, ba thabile. 7 Basali ba neng ba keteka ba ne ba bina ba re:

“Saule o bolaile ba likete,

Davida o bolaile ba likete tse mashome.”+

8 Saule a halefa haholo.+ O ne a sa rate pina ena. O ile a re: “Ba re Davida o bolaile ba likete tse mashome empa ’na ba re ke bolaile ba likete. Ho setse feela hore ba mo etse morena.”+ 9 Ho tloha letsatsing leo, Saule o ne a lula a shebile Davida ka ho mo belaella.

10 Letsatsing le hlahlamang moea o mobe o tsoang ho Molimo oa tla ho Saule+ ’me a qala ho etsa lintho tse sa tloaelehang* ka tlung ea hae. Davida eena o ne a ntse a letsa ’mino ka harepa+ joalokaha a ne a tloaetse. Saule o ne a tšoere lerumo.+ 11 Saule a betsa Davida ka lerumo+ habeli, a re ka pelong: ‘Ke tla hlabella Davida leboteng.’ Empa Davida a mo baleha. 12 Eaba Saule o tšaba Davida hobane Jehova o ne a e-na le eena+ empa a tlohile ho Saule.+ 13 Kahoo, Saule a tlosa Davida hore a se ke a hlola a sebeletsa ka pel’a hae. A mo etsa molaoli oa ba sekete ’me Davida a etella lebotho la sesole pele ho ea ntoeng.+ 14 Davida a ’na a atleha*+ linthong tseo a neng a li etsa. Jehova o ne a e-na le eena.+ 15 Ha Saule a bona hore Davida oa atleha, a mo tšaba le ho feta. 16 Empa Baiseraele bohle le Bajuda ba ne ba rata Davida hobane o ne a ba etella pele lintoeng tsa bona.

17 Hamorao Saule a re ho Davida: “Morali oa ka e moholo Merabe+ ke enoa. Ke tla u fa eena hore e be mosali oa hao.+ Leha ho le joalo, u ’ne u ntšebeletse ka sebete ’me u ’ne u loane lintoa tsa Jehova.”+ Saule o ne a ntse a re ka pelong: ‘Ha se ’na ea tla bolaea Davida. Bafilista ke bona ba tla mo bolaea.’+ 18 Eaba Davida o re ho Saule: “ ’Na ke mang ’me ba lelapa la Ntate ke bo-mang Iseraele hore nka ba mokhoenyana oa morena?”+ 19 Leha ho le joalo, ha nako e fihla ea hore Saule a fane ka morali oa hae Merabe ho Davida, o ne a se a nyetsoe ke Adriele+ oa Momehola.

20 Mikale+ morali oa Saule o ne a rata Davida. Saule a bolelloa taba eo ’me ea mo thabisa. 21 Kahoo, Saule a re: “Ke tla mo fa Mikale hore e be leraba ho eena e le hore Bafilista ba mo bolaee.”+ Eaba Saule o re ho Davida ka lekhetlo la bobeli: “Kajeno u tla ba mokhoenyana oa ka.”* 22 Ho ekelletsa moo, Saule a laela bahlanka ba hae a re: “Buang le Davida sephiring le re ho eena, ‘Morena o khahliloe ke uena le bahlanka bohle ba hae baa u rata. Joale e-ba mokhoenyana oa morena.’” 23 Ha bahlanka ba Saule ba bolella Davida lintho tsena Davida a re: “Na le nahana hore ke ntho e bonolo hore ke be mokhoenyana oa morena empa ke le mofutsana ebile ke khelloa fatše?”+ 24 Eaba bahlanka ba Saule ba re ho eena: “Davida o buile mantsoe ana.”

25 Saule a re: “E-reng ho Davida, ‘Morena ha a batle chelete ea mahali,+ o batla feela lintlha tse 100 tsa matlalo a litho tsa botona+ a Bafilista hore morena a iphetetse ho lira tsa hae.’” Empa Saule o ne a rerile hore Davida a bolaoe ke Bafilista. 26 Kahoo, bahlanka ba Saule ba bolella Davida mantsoe ana ’me Davida a utloa a thabela ho ba mokhoenyana oa morena.+ Pele nako e behiloeng e fihla, 27 Davida a tsamaea le banna ba hae ’me ba bolaea banna ba Bafilista ba 200 eaba Davida o tlisa lintlha tse 200 tsa matlalo a litho tsa bona tsa botona, a li fa morena hore e tle e be mokhoenyana oa morena. Kahoo, Saule a mo fa morali oa hae Mikale hore e be mosali oa hae.+ 28 Saule a hlokomela hore Jehova o na le Davida+ le hore morali oa hae Mikale oa mo rata.+ 29 Ntho ena e ile ea etsa hore Saule a tšabe Davida le ho feta ’me Saule ea e-ba sera sa Davida bophelo bohle ba hae.+

30 Likhosana tsa Bafilista li ne li hlasela Baiseraele empa leha li ne li ba hlasela ka makhetlo a mangata, Davida o ne a li hlola* ho feta bahlanka bohle ba Saule+ ’me o ile a hlomphuoa haholo.+

19 Hamorao Saule a bolella mora oa hae Jonathane le bahlanka bohle ba hae hore o batla ho bolaea Davida.+ 2 Kaha Jonathane mora oa Saule o ne a rata Davida haholo,+ Jonathane a re ho Davida: “Ntate oa ka o batla hore u bolaoe. Ke kopa hore hoseng u itlhokomele ’me u tsamaee u e’o ipata sebakeng se sireletsehileng. 3 Ke tla ea ’me ke eme pel’a ntate oa ka naheng moo u tla beng u le teng. Ke tla u buella ho ntate oa ka ’me haeba ho e-na le seo ke se utloang, ke tla u bolella sona.”+

4 Kahoo, Jonathane a bua hantle ka Davida+ ho ntate oa hae Saule a re: “Morena u se ke oa siteloa mohlanka oa hao Davida hobane ha aa u siteloa ebile lintho tseo a u etselitseng tsona li u tsoetse molemo. 5 O ile a beha bophelo ba hae kotsing hore a bolaee Mofilista*+ ’me Jehova a pholosa* Baiseraele bohle. U ile oa bona ha seo se etsahala ’me oa thaba haholo. Joale ke hobane’ng ha u batla ho bolaea Davida ntle ho lebaka ebe u etsa sebe ka ho bolaea motho ea se nang molato?”+ 6 Saule a mamela Jonathane ’me Saule a hlapanya a re: “Ke hlapanya ka Jehova Molimo ea phelang hore a ke ke a bolaoa.” 7 Ka mor’a moo, Jonathane a bitsa Davida ’me a mo bolella lintho tsena tsohle. Eaba Jonathane o tlisa Davida ho Saule ’me a ’na a mo sebeletsa joaloka pele.+

8 Ka mor’a nako ha boela ha e-ba le ntoa. Kahoo, Davida a tsoa a e’o loantša Bafilista ’me a ba bolaea ka bongata eaba baa mo baleha.

9 Moea o mobe o tsoang ho Jehova oa e-ba holim’a Saule+ ha a ntse a lutse ka tlung ea hae a tšoere lerumo la hae ’me Davida a ntse a letsa ’mino ka harepa.+ 10 Saule a leka ho hlabella Davida leboteng ka lerumo empa Davida a qoba eaba Saule o hlaba lebota. Davida a baleha bosiung boo. 11 Hamorao Saule a romela baromuoa ntlong ea Davida hore ba e lebele ’me ba mo bolaee hoseng+ empa Mikale mosali oa Davida a re ho eena: “Haeba u sa balehe bosiung bona, hosane u tla tsoha u shoele.” 12 Hang-hang Mikale a ntša Davida ka fensetere e le hore a balehe. 13 Mikale a nka setšoantšo sa terafime* a se beha betheng, a se samela lesela le entsoeng ka boea ba poli eaba o se koahela ka seaparo.

14 Saule a romela baromuoa hore ba late Davida empa Mikale a re: “Oa kula.” 15 Saule a romela baromuoa bao hape hore ba ee ho Davida, a re ho bona: “Mo kakaseng ka bethe ea hae le mo tlise ho ’na hore a tl’o bolaoa.”+ 16 Ha baromuoa ba kena, ba fumana ho e-na le setšoantšo sa terafime* betheng se sametsoeng lesela le entsoeng ka boea ba poli. 17 Saule a re ho Mikale: “Ke hobane’ng ha u nqhekeletse ka tsela ee ’me u tlohetse sera+ sa ka hore se balehe?” Mikale a re ho Saule: “O ile a re ho ’na, ‘Ntlohele ke balehe ho seng joalo ke tla u bolaea.’”

18 Davida o ne a balehetse Rama ho Samuele.+ A mo bolella lintho tsohle tseo Saule a mo entseng tsona. Eaba o tsamaea le Samuele ba e’o lula Najothe.+ 19 Ka mor’a nako, Saule a bolelloa hore Davida o Najothe e Rama. 20 Hang-hang Saule a romela baromuoa hore ba e’o tšoara Davida. Ha ba bona baprofeta ba holileng ba profeta ’me Samuele a eme e le moeta-pele oa bona, moea oa Molimo oa theohela ho baromuoa ba Saule ’me le bona ba qala ho itšoara joaloka baprofeta.

21 Ha ba bolella Saule ka taba eo, hang-hang a romela baromuoa ba bang ’me le bona ba qala ho itšoara joaloka baprofeta. Saule a romela baromuoa ba bang e leng sehlopha sa boraro ’me le bona ba qala ho itšoara joaloka baprofeta. 22 Qetellong le eena a ea Rama. Ha a fihla selibeng se seholo se Seku a re: “Samuele le Davida ba hokae?” Eaba ba re: “Ba mane Najothe+ e Rama.” 23 Ha Saule a le tseleng a tloha moo a ea Najothe e Rama, le eena moea oa Molimo oa theohela holim’a hae eaba o tsamaea a itšoere joaloka moprofeta ho fihlela a fihla Najothe e Rama. 24 Le eena a hlobola liaparo tsa hae, a itšoara joaloka moprofeta ka pel’a Samuele ’me a paqama moo a hlobotse* letsatsi leo lohle le bosiu boo bohle. Ke ka lebaka leo ba reng: “Na Saule le eena ke e mong oa baprofeta?”+

20 Davida a tloha Najothe e Rama, a baleha. A tla ho Jonathane ’me a re: “Ke entse’ng?+ Phoso ea ka ke efe? Ke sitetsoe ntate oa hao ka eng ha e le moo a batla ho mpolaea?” 2 Eaba Jonathane o re ho eena: “Ha se ntho e ka etsahalang eo!+ U ke ke oa bolaoa. Ntate oa ka a ke ke a etsa letho a sa mpolella ebang ke ntho e nyenyane kapa e kholo. Ke hobane’ng ha ntate oa ka a ka mpatela taba ee? Ntho eo e ke ke ea etsahala.” 3 Ho ekelletsa moo Davida a ikana a re: “Ntate oa hao oa tseba hore ’na le uena re metsoalle+ ’me a ka ’na a re, ‘Le se ke la bolella Jonathane taba ena hobane o tla utloa bohloko.’ Empa ke u hlapanyetsa ka Jehova Molimo ea phelang le ka uena hore ke haufi le ho bolaoa.”+

4 Eaba Jonathane o re ho Davida: “Ke tla u etsetsa ntho leha e le efe eo u reng ke e etse.” 5 Davida a re ho Jonathane: “Hosane ke mokete oa ha khoeli e qala+ ’me ho lebeletsoe hore ke e’o lula le morena re je. E-re ke tsamaee ’me ke tla ipata naheng ho fihlela letsatsing la boraro mantsiboea. 6 Haeba ntate oa hao a ka mpatla, u re ho eena, ‘Davida o nkopile hore ke mo lumelle ho ea motseng oa habo Bethlehema+ kapele hobane lelapa lohle labo le e’o etsa sehlabelo sa selemo le selemo.’+ 7 Haeba a ka re, ‘Ho lokile,’ ’na mohlanka oa hao nke ke ka tšoha letho. Empa haeba a ka halefa, u tsebe hore o ikemiselitse ho ntematsa. 8 U ntšepahalle*+ hobane u entse tumellano* le ’na mohlanka oa hao ka pel’a Jehova.+ Empa haeba ke le molato,+ u mpolaee ka bouena. Ke hobane’ng ha u ka nkisa ho ntate oa hao?”

9 Eaba Jonathane o re: “U se ke oa e nahana le ho e nahana ntho e joalo. Haeba nka utloa hore ntate oa ka o rerile ho u ntša kotsi, kannete ke tla u bolella.”+ 10 Eaba Davida o re ho Jonathane: “Ke mang ea tla mpolella haeba ntate oa hao a ka u araba a halefile?” 11 Jonathane a re ho Davida: “Tloo re ee naheng.” Kahoo, ba ea naheng ba le babeli. 12 Eaba Jonathane o re ho Davida: “Jehova Molimo oa Iseraele e ke e be paki hore hoo e ka bang ka nako ena hosane kapa ka letsatsi la boraro ke tla botsa Ntate ka taba ena. Haeba a se na bothata le uena* ke tla u bolella. 13 Empa haeba Ntate a rerile ho u lematsa, e se eka Jehova a ka mpha* kotlo e bohloko haeba ke sa u bolelle ’me ke sa u tlohele hore u tsamaee ka khotso. E se eka Jehova a ka ba le uena+ feela joalokaha a ne a e-na le Ntate.+ 14 E se eka u ka mpontša lerato* le kang la Jehova ha ke ntse ke phela leha ke se ke shoele.+ 15 U se ke oa tlohela ho rata* ba lelapa la ka+ leha Jehova a ka felisa lira tsohle tsa hao.”* 16 Kahoo, Jonathane a etsa tumellano* le ba ntlo ea Davida a re, “Jehova o tla etsa hore lira tsa Davida li ikarabelle.” 17 Jonathane a re Davida a hlapanye hape hore o tla lula a mo rata. Jonathane o ne a rata Davida joalokaha a ithata.+

18 Eaba Jonathane o re ho eena: “Hosane ke mokete oa ha khoeli e qala+ ’me ntate o tla u batla hobane setulo sa hao se tla be se se na motho. 19 Ka letsatsi la boraro, joang kapa joang o tla botsa hore na u hokae. Joale u tle mona moo u kileng oa ipata teng ka letsatsi le leng* ’me u lule pel’a lejoe lena. 20 Ke tla betsa metsu e meraro ka lehlakoreng le leng la lona joalokaha eka ke betsa ntho e itseng. 21 Ha ke romela mohlanka ke tla re, ‘Tsamaea u e’o batla metsu.’ Haeba nka re ho mohlanka, ‘Bona, metsu e pel’a hao, e late,’ u ka ’na oa khutla hobane ke u hlapanyetsa ka Jehova Molimo ea phelang hore khotso e tla be e le teng ’me u ke ke oa tsoa kotsi. 22 Empa haeba nka re ho moshanyana eo, ‘Bona, metsu e holenyana le uena,’ u tsamaee hobane Jehova o batla hore u tsamaee. 23 Ha e le tšepiso eo re e entseng,+ e se eka Jehova e ka ba paki ea eona ka ho sa feleng.”+

24 Kahoo, Davida a ipata naheng. Ka nako ea mokete oa ha khoeli e qala, morena a lula setulong sa hae hore a je.+ 25 Morena o ne a lutse setulong sa hae seo a tloaetseng ho lula ho sona se pel’a lebota. Jonathane o ne a lutse setulong se shebaneng le eena ’me Abnere+ o ne a lutse pel’a Saule empa setulo sa Davida se ne se se na motho. 26 Saule ha aa ka a bua letho letsatsing leo kaha o ile a re ka pelong: ‘Ho na le ntho e etsahetseng e entseng hore a se ke a hloeka.+ E tlameha ebe ha a hloeka.’ 27 Letsatsi ka mor’a mokete oa ha khoeli e qala, ka letsatsi la bobeli, setulo sa Davida sa ’na sa lula se se na motho. Eaba Saule o re ho mora oa hae Jonathane: “Ke hobane’ng ha mora oa Jese+ a sa tla lijong maobane le kajeno?” 28 Jonathane a re ho Saule: “Davida o kopile hore ke mo lumelle hore a ee Bethlehema.+ 29 O ile a re, ‘Ke kopa u ntumelle hore ke tsamaee hobane lelapa leso le e’o etsa sehlabelo motseng ’me abuti oa ka o itse ke tle. Haeba u ntumella, ke kopa ho tsamaea kapele ke e’o bona bo-abuti ba ka.’ Ke ka lebaka leo a sa tlang tafoleng ea morena.” 30 Saule a halefela Jonathane haholo ’me a re ho eena: “Uena mora oa mosali ea manganga, u nahana hore ha ke tsebe hore u khethile ho ba ka lehlakoreng la mora oa Jese? E le hore u batla ho itlotlolla u be u tlotlolle le ’mè oa hao?* 31 Hafeela mora oa Jese a ntse a phela lefatšeng, u ke ke oa ba morena ebile borena ba hao e ke ke ea e-ba ba nako e telele.+ Kahoo, roma motho hore a mo tlise ho ’na kaha o lokela ho shoa.”+

32 Leha ho le joalo, Jonathane a re ho ntate oa hae Saule: “Ke hobane’ng ha a lokela ho bolaoa?+ O entse’ng?” 33 Saule a betsa Jonathane ka lerumo hore a mo hlabe.+ Jonathane a bona hore kannete ntate oa hae o batla ho bolaea Davida.+ 34 Hang-hang Jonathane a phahama tafoleng a halefile haholo. Eaba ha a je letho ka letsatsi la bobeli ka mor’a mokete oa ha khoeli e qala. O ne a utloile bohloko ka lebaka la Davida+ ’me ntate oa hae o ne a mo tlotlolotse.

35 Hoseng Jonathane a tsoa a ea naheng ho ea kopana le Davida, a tsamaea le mohlanka e monyenyane.+ 36 A re ho mohlanka oa hae: “Ke kopa u mathe u batle metsu eo ke tla e betsa.” Mohlanka eo a matha ’me Jonathane a betsetsa metsu holenyana le eena. 37 Ha mohlanka eo a fihla sebakeng seo Jonathane a betselitseng motsu ho sona, Jonathane a hoeletsa a re ho eena: “Na metsu ha e holenyana le uena?” 38 Jonathane a hoeletsa a re ho mohlanka eo: “Potlaka! Etsa kapele! U se ke oa lieha!” Eaba mohlanka oa Jonathane o nka metsu ’me o khutlela ho mong’a hae. 39 Mohlanka eo o ne a sa utloisise hore na ho etsahala’ng. Jonathane le Davida ke bona feela ba neng ba tseba hore na seo se bolela’ng. 40 Ka mor’a moo, Jonathane a fa mohlanka oa hae libetsa tsa hae ’me a re ho eena: “Tsamaea u li ise motseng.”

41 Ha mohlanka eo a tsamaea, Davida a tloha sebakeng se haufinyane se neng se le ka boroa. Eaba o itihela fatše ka mangole ’me a inama ka makhetlo a mararo. Ba hakana* ’me ba llelana empa Davida a lla le ho feta. 42 Jonathane a re ho Davida: “Tsamaea ka khotso hobane re le babeli re ikanne+ ka lebitso la Jehova ra re, ‘E se eka Jehova e ka ba paki pakeng tsa ka le uena le pakeng tsa litloholo* tsa ka le litloholo* tsa hao ka ho sa feleng.’”+

Eaba Davida oa tsamaea ’me Jonathane a khutlela motseng.

21 Hamorao Davida a tla Nobe+ ho moprista Akimeleke. Akimeleke a thothomela ha a kopana le Davida ’me a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u tsamaea u le mong?”+ 2 Davida a araba moprista Akimeleke a re: “Morena o ntaetse hore ke etse ntho e itseng empa o itse ke se ke ka bolella motho leha e le ofe ka ntho eo a itseng ke e’o e etsa le ka litaelo tseo a mphileng tsona. Ke hlophisitse le bahlanka ba ka hore re kopane sebakeng se itseng. 3 Joale haeba ho e-na le mahobe a mahlano ao u ka fanang ka ’ona, mphe ’ona kapa u mphe ntho leha e le efe e teng.” 4 Empa moprista a re ho Davida: “Ha ho na bohobe mona boo nka fanang ka bona, bohobe bo teng ke bohobe bo halalelang.+ Bahlanka ba hao ba ka bo ja haeba ba ile ba ba hole le basali.”*+ 5 Davida a araba moprista a re: “E se e le nako re sa kopane le basali joaloka linakong tse fetileng ha ke ne ke ea ntoeng.+ Haeba bahlanka bao ba lula ba halalela esita leha ba ronngoe mesebetsing e tloaelehileng, kajeno e tlameha ebe ba halalela le ho feta mosebetsing ona o khethehileng.” 6 Kahoo, moprista a mo fa bohobe bo halalelang+ hobane ho ne ho se na bohobe bo bong ntle le bohobe ba pontšo, bo neng bo tlositsoe ka tabernakeleng ea Jehova mohla ho neng ho behoa bo bocha.

7 E mong oa bahlanka ba Saule o ne a le moo ka letsatsi leo hobane o ne a tlamehile ho ba ka pel’a Jehova. Lebitso la hae e ne e le Doege+ oa Moedomo,+ molaoli oa balisa ba Saule.

8 Davida a re ho Akimeleke: “Na ho na le lerumo kapa sabole moo? Ha kea nka sabole kapa libetsa tsa ka hobane taba ea morena e ne e potlakile.” 9 Eaba moprista o re: “Sabole ea Goliathe+ oa Mofilista eo u mo bolaileng Khohlong* ea Ela+ e teng mona, e thatetsoe ka lesela ka mor’a efoda.+ Haeba u batla ho inkela eona e nke hobane ke eona feela e teng mona.” Davida a re: “Ha ho na e tšoanang le eona. Mphe eona.”

10 Davida a tsamaea letsatsing leo ’me a ’na a baleha+ Saule. Qetellong a fihla ho Morena Akishe oa Gathe.+ 11 Bahlanka ba Akishe ba re ho eena: “Na eo ha se Davida morena oa naha ea Iseraele? Na ha se eloa eo ha ba ntse ba tantša ba neng ba bina ka eena ba re,

‘Saule o bolaile ba likete,

Davida o bolaile ba likete tse mashome’?”+

12 Davida a nahana ka mantsoe ana eaba o qala ho tšaba+ Akishe morena oa Gathe haholo. 13 Kahoo, a iketsa eka oa hlanya+ ka pel’a bona.* O ne a ntse a ngoapa mamati a keiti ’me a tloheletse liqhenqhe hore li theohele litelung tsa hae. 14 Qetellong Akishe a re ho bahlanka ba hae: “Le ntse le bona hore monna enoa oa hlanya. Ke hobane’ng ha le mo tlisitse ho ’na? 15 Na batho ba hlanyang ha baa lekana hoo le tlisitseng le eo hore a tl’o hlanyetsa ho ’na? Ke hobane’ng ha le tlisa monna eo ka tlung ea ka?”

22 Davida a tloha moo+ a balehela lehaheng la Adulame.+ Ha bo-abuti ba hae le bohle ba lelapa labo ba utloa ka seo, ba ea moo ho eena. 2 Batho bohle ba neng ba le mathateng, ba neng ba e-na le likoloto le ba neng ba utloile bohloko ba tla ho eena ’me ea e-ba mookameli oa bona. Banna ba neng ba e-na le eena ba ne ba ka ba 400.

3 Hamorao Davida a tloha moo a ea Mizpe e Moabe ’me a re ho morena oa Moabe:+ “Ke kopa u lumelle ’Mè le Ntate hore ba lule le lona ho fihlela ke tseba hore na Molimo o tla nketsetsa’ng.” 4 Kahoo, a ba siea le morena oa Moabe ’me ba lula moo nako eohle eo ka eona Davida a neng a le sebakeng se sireletsehileng.+

5 Ka mor’a nako, moprofeta Gade+ a re ho Davida: “Tloha sebakeng sena se sireletsehileng. Tsamaea u ee naheng ea Juda.”+ Kahoo, Davida a tsamaea ’me a ea morung oa Herethe.

6 Saule a utloela hore na Davida le banna ba nang le eena ba ipatile hokae. Ka nako eo, Saule o ne a lutse Gibea+ tlas’a sefate sa tamariske sebakeng se phahameng, a tšoere lerumo ’me bahlanka bohle ba hae ba eme pel’a hae. 7 Saule a re ho bahlanka ba hae ba emeng pel’a hae: “Ke kopa le ’mamele lona Babenjamine. Na mora oa Jese+ le eena o tla le fa masimo le lirapa tsa morara kaofela ha lona? Na kaofela ha lona o tla le etsa balaoli ba ba likete le balaoli ba ba makholo?+ 8 Kaofela ha lona le rerile ho nketsetsa bolotsana. Ha ho na motho ea mpoleletseng ha mora oa ka a etsa tumellano le mora oa Jese.+ Ha ho le ea mong oa lona ea nkutloelang bohloko ka hore a mpolelle hore mora oa ka o khothalelitse mohlanka oa ka hore a ipatele ’na joalokaha a entse hona joale e le hore a tle a ntlhasele.”

9 Doege+ oa Moedomo ea neng a behiloe moo hore a okamele bahlanka ba Saule a araba a re:+ “Ke bone mora oa Jese a tla Nobe ho Akimeleke mora oa Akitube.+ 10 Akimeleke o ile a mo botsetsa ho Jehova ’me a mo fa mefaho. O ile a ba a mo fa le sabole ea Goliathe oa Mofilista.”+ 11 Hang-hang morena a re ho bitsoe Akimeleke mora oa moprista Akitube le baprista bohle ba ntlo ea ntate oa hae ba neng ba le Nobe. Kahoo, kaofela ha bona ba tla ho morena.

12 Saule a re: “Ke kopa u ’mamele uena mora oa Akitube.” Eaba o re: “Ke ’na enoa moren’a ka.” 13 Saule a re ho eena: “Ke hobane’ng ha uena le mora oa Jese le rerile ho nketsetsa bolotsana ka ho mo fa bohobe, sabole le ka ho mo botsetsa ho Molimo? O khahlanong le ’na ’me hona joale o ipatile hore a tle a ntlhasele.” 14 Eaba Akimeleke o araba morena ’me o re: “Har’a bahlanka bohle ba hao, ke mang ea tšepahalang joaloka Davida?+ Ke mokhoenyana oa hao morena+ ebile ke mookameli oa balebeli ba hao ’me oa hlompheha ka tlung ea hao.+ 15 Na kajeno e ne e le lekhetlo la pele ke mo botsetsa ho Molimo?+ Le ka mohla nke ke ka u rerela bolotsana. Morena u se ke oa beha ’na mohlanka oa hao molato le bohle ba ntlo ea Ntate hobane ke ne ke sa tsebe letho ka taba ena.”+

16 Empa morena a re: “Uena Akimeleke le bohle ba ntlo ea ntate oa hao,+ le tl’o shoa.”+ 17 Eaba morena o re ho balebeli* ba emeng pel’a hae: “Bolaeang baprista ba Jehova hobane ba ka lehlakoreng la Davida. Ba tsebile hore o ne a baleha empa ha baa ka ba mpolella.” Empa bahlanka ba morena ba ne ba sa batle ho bolaea baprista ba Jehova. 18 Eaba morena o re ho Doege:+ “Bolaea baprista bana!” Hang-hang Doege oa Moedomo+ a ea ’me a bolaea baprista ka boeena. Letsatsing leo, o ile a bolaea banna ba 85 ba apereng efoda ea line.+ 19 A bolaea le batho ba Nobe+ e leng motse oa baprista ka sabole. A bolaea banna, basali, bana, masea, lipoho, litonki hammoho le linku ka sabole.

20 Leha ho le joalo, mora e mong oa Akimeleke mora oa Akitube, eo lebitso la hae e neng e le Abiathare,+ a phonyoha ’me a balehela ho Davida. 21 Abiathare a re ho Davida: “Saule o bolaile baprista ba Jehova.” 22 Eaba Davida o re ho Abiathare: “Ke ile ka tseba letsatsing leo,+ ha Doege a ne a le teng hore joang kapa joang o tl’o bolella Saule. Ke ’na ea molato ka hore ebe batho bohle ba ntlo ea ntate oa hao ba shoele. 23 Lula le ’na. U se ke oa tšoha. Mang kapa mang ea batlang ho u bolaea ha e le hantle o batla ho bolaea ’na. Ke tla u sireletsa.”+

23 Ka mor’a nako Davida o ile a bolelloa sena: “Bafilista ba loantša Keila+ ’me ba inkela lijo liotlong.” 2 Kahoo, Davida a botsa Jehova+ a re: “Na ke ee ke e’o bolaea Bafilista baa?” Jehova a re ho Davida: “E-ea, u e’o bolaea Bafilista ’me u pholose Keila.” 3 Empa banna ba Davida ba re ho eena: “Re se re ntse re tšohile re sa le mona Juda,+ re tl’o tšoha le ho feta haeba re ka ea Keila ho ea loantša masole a Bafilista.”+ 4 Kahoo, Davida a boela a botsa Jehova.+ Jehova a mo araba a re: “Ema, u ee Keila hobane ke tla u thusa hore u hlole Bafilista.”+ 5 Davida a tsamaea le banna ba hae ho ea Keila ’me ba loantša Bafilista. Davida a nka liphoofolo tsa bona ’me a ba bolaea ka bongata eaba Davida o pholosa baahi ba Keila.+

6 Joale ha Abiathare+ mora oa Akimeleke a balehela ho Davida Keila, o ne a tšoere efoda. 7 Saule a bolelloa hore Davida o tlile Keila. Eaba Saule o re: “Molimo o nehelane ka eena ho ’na*+ hobane o ikoalletse ka ho kena motseng o nang le likeiti le mekoallo.” 8 Saule a laela masole ’ohle a hae hore a ee ntoeng Keila a e’o thibella Davida le banna ba hae. 9 Ha Davida a utloa hore Saule o ntse a mo rerela bolotsana, a re ho moprista Abiathare: “Tlisa efoda eo mona.”+ 10 Eaba Davida o re: “Jehova Molimo oa Iseraele, mohlanka oa hao o utloile hore Saule o batla ho tla Keila ho tla felisa motse ka lebaka la ka.+ 11 Na baeta-pele* ba Keila ba tla nehelana ka ’na letsohong la hae? Na Saule o tla tla joalokaha mohlanka oa hao a utloile? Ka kopo Jehova Molimo oa Iseraele, bolella mohlanka oa hao.” Eaba Jehova o re: “O tla tla.” 12 Davida a re: “Na baeta-pele ba Keila ba tla nehelana ka ’na le banna ba ka letsohong la Saule?” Jehova a re: “Ba tla nehelana ka lona.”

13 Hang-hang Davida a tsamaea le banna ba hae ba ka bang 600+ ’me ba tloha Keila ba ea libakeng tse fapaneng, hohle moo ba neng ba bona ho sireletsehile. Ha Saule a utloa hore Davida o balehile Keila, a tlohela ho mo lelekisa. 14 Davida a lula lefeelleng libakeng tseo ho leng thata ho fihla ho tsona, sebakeng se lithaba lefeelleng la Zife.+ Saule o ne a lula a mo batla+ empa Jehova ha aa ka a nehelana ka eena letsohong la Saule. 15 Ha Davida a ntse a le Horeshe lefeelleng la Zife, o ne a tseba hore* Saule o ntse a mo batla hore a tle a mo bolaee.

16 Jonathane mora oa Saule a ea ho Davida Horeshe ’me a mo thusa hore a fumane matla* ho Jehova.+ 17 A re ho eena: “U se ke oa tšoha hobane ntate oa ka Saule a ke ke a u fumana. U tla ba morena oa Iseraele+ ’me ’na ke tla ba oa bobeli ka mor’a hao le ntate oa ka Saule oa tseba.”+ 18 Joale ka bobeli ba etsa tumellano+ ka pel’a Jehova ’me Davida a ’na a lula Horeshe eaba Jonathane o ea hae.

19 Hamorao banna ba Zife ba nyolohela ho Saule Gibea+ ’me ba re ho eena: “Davida o ipatile haufi le rona+ libakeng tseo ho leng thata ho fihla ho tsona Horeshe,+ leralleng la Hakila+ le ka boroa* ho Jeshimone.*+ 20 Morena haeba o batla ho tla, tloo ’me re tla nehelana ka eena letsohong la hao morena.”+ 21 Eaba Saule o re: “E se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa hobane le nkutloetse bohloko. 22 Ke kopa le tsamaee le e’o leka ho fumana hore na hantle-ntle o sebakeng sefe le hore na ke mang ea mo boneng moo hobane ke utloile hore o maqheka. 23 Le fumane hantle hore na libaka tsohle tseo a ipatang ho tsona ke life ebe le khutlela ho ’na ka bopaki. Ka mor’a moo, ke tla tsamaea le lona ’me haeba a le teng naheng eo, ke tla mo batla har’a likete* tsohle tsa Juda.”

24 Kahoo, ba tsamaea ba ea Zife+ pele ho Saule ha Davida le banna ba hae ba ntse ba le lefeelleng la Maone+ e Araba+ ka boroa ho Jeshimone. 25 Eaba Saule o tla le banna ba hae ho tla mo batla.+ Ha ba bolella Davida taba eo, hang-hang a theohela lefikeng+ ’me a lula lefeelleng la Maone. Saule a utloa eaba o lelekisa Davida lefeelleng la Maone. 26 Ha Saule a tla ka lehlakoreng le leng la thaba, Davida le banna ba hae ba ne ba le ka lehlakoreng le leng la thaba. Davida o ne a potlaka hore a balehe+ Saule empa Saule le banna ba hae ba ne ba ntse ba atamela Davida le banna ba hae hore ba ba tšoare.+ 27 Empa moromuoa a tla ho Saule a re: “Tloo kapele hobane Bafilista ba hlasetse naha!” 28 Eaba Saule o tlohela ho lelekisa Davida,+ a tloha a e’o loantša Bafilista. Ke ka lebaka leo sebaka seo se ileng sa bitsoa Lefika la Likarohano.

29 Davida a nyoloha ho tloha moo ’me a lula libakeng tseo ho leng thata ho fihla ho tsona Ene-gedi.+

24 Hang ha Saule a tsoa lelekisa Bafilista, ba re ho eena: “Davida o lefeelleng la Ene-gedi.”+

2 Kahoo, Saule a nka banna ba 3 000 ba khethiloeng ho Baiseraele bohle ’me a e’o batla Davida le banna ba hae mafikeng a nang le lipoli tsa thaba. 3 Saule a fihla masakeng a linku a pel’a tsela a entsoeng ka majoe, moo ho neng ho e-na le lehaha eaba o kena teng ho ea ithusa ha Davida le banna ba hae ba ntse ba lutse ka lehaheng hare-hare.+ 4 Banna ba Davida ba re ho eena: “Letsatsing lena Jehova o re ho uena, ‘Bona, ke nehelana ka sera sa hao letsohong la hao+ ’me u ka se etsa eng kapa eng eo u bonang e lokile.’” Kahoo, Davida a ema a thotse, a fihla a seha mophetho oa seaparo se se nang matsoho sa Saule. 5 Empa ka mor’a moo Davida a ’na a otloa ke letsoalo*+ hobane a sehile mophetho oa seaparo se se nang matsoho sa Saule. 6 A re ho banna ba hae: “Ho hang Jehova a ke ke a lumela hore ke etse ntho e tjena ho moren’a ka e leng motlotsuoa oa Jehova, ea hore ke lematse moren’a ka hobane ke motlotsuoa oa Jehova.”+ 7 Kahoo, Davida a thiba* banna ba hae ka ho cho joalo ’me ha aa ka a ba lumella hore ba hlasele Saule. Ha e le Saule, a tloha lehaheng ’me a tsamaea.

8 Eaba Davida oa ema ’me o tsoa ka lehaheng o hoeletsa Saule, o re: “Moren’a ka!”+ Ha Saule a hetla, Davida a khumama sefahleho sa hae se shebile fatše. 9 Davida a re ho Saule: “Ke hobane’ng ha u mamela mantsoe a batho ba reng, ‘Davida o batla ho u lematsa’?+ 10 Letsatsing lena u bone ka bouena kamoo Jehova a nehelaneng ka uena letsohong la ka ka lehaheng. Empa ha motho e mong a ne a re u bolaoe,+ ke ile ka u qenehela ’me ka re, ‘Nke ke ka lematsa moren’a ka hobane ke motlotsuoa oa Jehova.’+ 11 Ntate, bona, ke tšoere mophetho oa seaparo sa hao se se nang matsoho. Ha ke ne ke seha mophetho oa sona, ha kea ka ka u bolaea. Joale oa bona ebile oa utloisisa hore ha kea ikemisetsa ho u lematsa kapa ho u fetohela hape ha kea u siteloa+ empa uena u ntse u mpatla hore u tle u mpolaee.+ 12 E se eka Jehova a ka ahlola pakeng tsa ka le uena+ ’me e se eka Jehova a ka u fa kotlo ka lebaka la seo u nkentseng sona+ empa ’na nke ke ka u loantša.+ 13 Feela joalokaha maele a boholo-holo a re, ‘Bokhopo bo tsoa ho ba khopo’ empa ’na nke ke ka u loantša. 14 Morena oa Iseraele o setse mang morao? O lelekisa mang? Ntja e shoeleng? Letsetse le le leng?+ 15 E se eka Jehova e ka ba moahloli, a ahlole pakeng tsa ka le uena. O tla bona a be a mpuelle+ ’me o tla nkahlola a be a mpholose letsohong la hao.”

16 Eitse ha Davida a qeta ho bolella Saule mantsoe ana, Saule a re: “Davida mora oa ka, na ke uena ea buang?”+ Eaba Saule o qala ho lla a phahamisitse lentsoe. 17 A re ho Davida: “U lokile ho mpheta hobane u ntšoere hantle empa ’na ke u entse hampe.+ 18 Kajeno u mpoleletse ntho e ntle eo u e entseng ka hore u se ke oa mpolaea ha Jehova a ne a nehelane ka ’na letsohong la hao.+ 19 Ke monna ofe eo e reng ha a fumana sera sa hae ebe o se tlohela hore se tsamaee a sa se lematsa? Jehova o tla u putsa+ ka lebaka la seo u nketselitseng sona kajeno. 20 Kea tseba hore kannete u tla ba morena+ le hore u tla busa Iseraele ka nako e telele. 21 Joale ntlhapanyetse ka Jehova+ hore u ke ke oa felisa litloholo* tsa ka ka mor’a hore ke shoe le hore u ke ke oa felisa lebitso la ka ka tlung ea Ntate.”+ 22 Kahoo, Davida a hlapanyetsa Saule ’me Saule a ea lapeng la hae.+ Empa Davida le banna ba hae ba ea sebakeng se sireletsehileng.+

25 Ka mor’a nako Samuele+ a shoa. Baiseraele bohle ba phutheha ’me ba mo llela eaba ba mo pata pel’a ntlo ea hae Rama.+ Ka mor’a moo, Davida a tloha ’me a theohela lefeelleng la Parane.

2 Ho ne ho e-na le monna e mong Maone+ ea neng a sebetsa Karmele.*+ Monna eo o ne a ruile haholo, a e-na le linku tse 3 000 le lipoli tse 1 000 ’me ka nako eo o ne a kuta linku tsa hae Karmele. 3 Lebitso la monna eo e ne e le Nabale,+ la mosali oa hae e le Abigaile.+ Mosali eo o ne a le bohlale a bile a le motle empa monna oa hae oa Mokalebe+ o ne a le bohale a bile a itšoere hampe.+ 4 Davida a utloa a le lefeelleng hore Nabale o kuta linku tsa hae. 5 Kahoo, Davida a romela bahlanka ba leshome ho eena ’me Davida a re ho bahlanka bao: “Nyolohelang Karmele ’me ha le fihla ho Nabale, le mpotsetse hore na o ntse a ea joang. 6 Ka mor’a moo le re ho eena, ‘E se eka u ka phela nako e telele ebile e se eka uena le ba lelapa la hao le ka phela hantle* hammoho le lintho tsohle tsa hao. 7 Ke utloile hore u ntse u kuta linku. Ha balisa ba hao ba ne ba e-na le rona, ha rea ka ra ba tšoenya+ ’me ha baa ka ba lahleheloa ke letho nakong eohle eo ka eona ba neng ba le Karmele. 8 Botsa bahlanka ba hao ’me ba tla u bolella. E se eka u ka tšoara bahlanka ba ka ka mosa hobane re tlile ka nako e ntle.* Ke kopa u fe bahlanka ba hao le mora oa hao Davida eng kapa eng eo u ka fanang ka eona.’”+

9 Kahoo, bahlanka ba Davida ba tloha ba ea ho Nabale ’me ba fihla ba mo bolella lintho tsohle tseo Davida a li buileng. Ha ba qeta ho bua, 10 Nabale a re ho bahlanka ba Davida: “Davida ke mang, hona mora oa Jese ke mang? Matsatsing ana bahlanka ba bangata ba baleha benghali ba bona.+ 11 Joale na ke nke bohobe ba ka le metsi a ka le nama eo ke e hlabetseng bakuti ba ka ebe ke e fa banna bao ke sa tsebeng le hore na ba tsoa hokae?”

12 Eaba bahlanka ba Davida baa khutla ’me ba fihla ba mo bolella mantsoe ana ’ohle. 13 Hang-hang Davida a re ho banna ba hae: “E mong le e mong a nke sabole ea hae!”+ Kahoo, kaofela ha bona ba nka lisabole tsa bona eaba Davida le eena o nka sabole ea hae. Banna ba ka bang 400 ba nyoloha le Davida ’me ba 200 ba sala le lithoto.

14 Ka nako eo, e mong oa bahlanka a tlalehela Abigaile mosali oa Nabale: “Bona, Davida o rometse baromuoa ho tsoa lefeelleng hore ba tl’o lakaletsa mong’a rona katleho empa eena o ba rohakile.+ 15 Banna bao ba ne ba re tšoere hantle haholo. Ha baa ka ba re tšoenya ’me ha ho na letho le ileng la re lahlehela nakong eohle eo re neng re e-na le bona naheng.+ 16 Ba ne ba le joaloka lebota le re sirelelitseng bosiu le motšehare, ka nako eohle eo re neng re e-na le bona re lisitse mohlape. 17 Etsa qeto ea hore na u tla etsa’ng hobane mong’a rona le bohle ba ntlo ea hae ba tl’o hlaheloa ke tlokotsi.+ Ke monna ea se nang thuso+ hoo ho se nang motho ea ka buang le eena.”

18 Kahoo, Abigaile+ a potlaka a nka mahobe a 200, lijeke tse peli tse kholo tsa veine, linku tse hlano tse seng li hlabiloe, mekotla e mehlano* ea koro* e halikiloeng, lipolokoe tse 100 tsa morara o omisitsoeng le lipolokoe tse 200 tsa lifeie* tse omisitsoeng eaba kaofela o li beha holim’a litonki.+ 19 Ka mor’a moo, a re ho bahlanka ba hae: “Tsamaeang pele ho ’na. Ke tla le sala morao.” Empa ha aa ka a re letho ho monna oa hae Nabale.

20 Ha a ntse a palame tonki a theosa, thaba e ne e mo tširile ’me Davida le banna ba hae ba ne ba sa mo bone ha ba ntse ba tla ba lebile ho eena. Eaba o kopana le bona. 21 Davida o ne a ntse a re: “Ha ho thuse hore ebe ke ile ka hlokomela lintho tsohle tsa motho enoa lefeelleng. Ha ho na ntho ea hae leha e le ’ngoe e ileng ea lahleha+ empa ke mona o nteboha ka ho nketsa hampe.+ 22 E se eka Molimo a ka fa lira tsa ka* kotlo haeba hosane ke tla be ke e-s’o bolaee banna bohle* ba ntlo ea Nabale.”

23 Ha Abigaile a bona Davida, a theoha tonki ka potlako ’me a fihla a khumama ka pel’a Davida a inamisitse hlooho. 24 Eaba o itihela maotong a hae o re: “Moren’a ka, ke kopa u behe ’na molato ka se etsahetseng. Ke kopa u ntumelle hore ke bue le uena ’me u mamele mantsoe a lekhoba la hao. 25 Moren’a ka, ke kopa u se ke oa nkela Nabale+ enoa ea se nang thuso hloohong hobane o etsa se boleloang ke lebitso la hae. Lebitso la hae ke Nabale* ebile ha a na kelello. ’Na ke ne ke le sieo ha bahlanka ba hao ba fihla. 26 Joale moren’a ka, ke u hlapanyetsa ka Jehova ea phelang le ka uena. Ke Jehova ea u thibileng+ hore u se ke oa ba le molato oa mali+ le hore u se ke oa iphetetsa* ka letsoho la hao. Moren’a ka, e se eka lira tsa hao le bohle ba batlang ho u ntša kotsi ba ka ba joaloka Nabale. 27 Moren’a ka, ke u tliselitse lijo tsena e le mpho*+ bakeng sa bahlanka ba hao ba tsamaeang le uena.+ 28 Ke kopa u tšoarele ’na lekhoba la hao ka phoso ena hobane Jehova o tla etsa hore litloholo+ tsa hao li buse e le marena ka nako e telele kaha uena moren’a ka u loana lintoa tsa Jehova+ ’me ha u e-s’o ka u etsa letho le lebe bophelo bohle ba hao.+ 29 Ha motho a u lelekisa ’me a batla ho u bolaea, bophelo ba hao moren’a ka bo tla lula bo sireletsehile ka mokotleng oa bophelo o ho Jehova Molimo oa hao empa o tla lahla bophelo ba lira tsa hao joaloka majoe a tsoang letjeketjaneng. 30 Ha Jehova a se a u etselitse lintho tsohle tse molemo tseo a li tšepisitseng ’me a u beha hore u be moeta-pele oa Iseraele,+ 31 u ke ke oa soaba kapa oa ikutloa u le molato ka pelong ea hao ka lebaka la ho bolaea ntle ho lebaka le ka lebaka la ho iphetetsa.*+ Moren’a ka ha Jehova a u hlohonolofatsa, u nkhopole.”

32 Eaba Davida o re ho Abigaile: “Ho rorisoe Jehova Molimo oa Iseraele, ea u rometseng hore u tl’o kopana le ’na letsatsing lena. 33 E se eka u ka hlohonolofatsoa hobane u bohlale ’me e se eka u ka hlohonolofatsoa hobane letsatsing lena u nthibetse hore ke se ke ka ba le molato oa mali+ le hore ke se ke ka iphetetsa.* 34 Ho seng joalo, ke u hlapanyetsa ka Jehova Molimo oa Iseraele ea phelang, ea nthibileng hore ke se ke ka u lematsa.+ Haeba u ne u sa tla kapele ho tla kopana le ’na,+ hoseng ho ne ho ke ke ha e-ba le monna* le ea mong oa Nabale ea neng a tla sala a phela.”+ 35 Eaba Davida o amohela lintho tseo Abigaile a mo tliselitseng tsona ’me o re ho eena: “Tsamaea ka khotso u ee ntlong ea hao. Ke u mametse ’me ke tla etsa seo u se kopileng.”

36 Hamorao Abigaile a khutlela ho Nabale ea neng a entse mokete o kang oa morena ka tlung ea hae. Nabale* o ne a thabile a bile a tahiloe haholo. Joale Abigaile ha aa ka a mo bolella letho ho fihlela hoseng. 37 Hoseng ha Nabale a se a hlaphohetsoe, mosali oa hae a mo bolella lintho tsena. Pelo ea hae ea ema ’me a se ke a khona ho sisinyeha, a ba joaloka lejoe. 38 Ka mor’a matsatsi a ka bang leshome, Jehova a otla Nabale ’me a shoa.

39 Ha Davida a utloa hore Nabale o shoele a re: “Ho rorisoe Jehova ea ileng a ahlola nyeoe ea ka+ ha Nabale a ne a ’nyatsa+ le ea ileng a thiba mohlanka oa hae hore a se ke a etsa letho le lebe.+ Jehova o file Nabale kotlo ka lebaka la liketso tsa hae tse mpe.” Ka mor’a moo, Davida a roma bahlanka ba hae ho ea kopa Abigaile hore e be mosali oa hae. 40 Kahoo, bahlanka ba Davida ba tla ho Abigaile Karmele ’me ba re ho eena: “Davida o re rometse ho uena ho tla u nka hore u be mosali oa hae.” 41 Kapele-pele a ema eaba o inamela fatše ka sefahleho ’me o re: “Ke ikemiselitse ho ba mohlanka le ho hlatsoa maoto+ a bahlanka ba moren’a ka.” 42 Joale Abigaile+ a ema kapele ’me a palama tonki a setsoe morao ke basebeletsi ba hae ba bahlano ba basali. A tsamaea le baromuoa ba Davida ’me ea e-ba mosali oa hae.

43 Davida o ne a boetse a nyetse Akinoame+ ea tsoang Jezriele+ ’me basali bao ka bobeli ea e-ba basali ba hae.+

44 Empa Saule o ne a file Palti+ mora oa Laishe, ea neng a tsoa Gadime, morali oa hae Mikale+ e leng mosali oa Davida.

26 Ka mor’a nako, banna ba Zife+ ba tla ho Saule Gibea+ ba re: “Davida o ipatile leralleng la Hakila le shebaneng le Jeshimone.”*+ 2 Kahoo, Saule a tloha ’me a theohela lefeelleng la Zife le banna ba Iseraele ba khethiloeng ba 3 000 hore ba e’o batla Davida lefeelleng la Zife.+ 3 Saule a hloma litente leralleng la Hakila le shebaneng le Jeshimone, haufi le tsela. Ka nako eo, Davida o ne a lula lefeelleng eaba oa utloa hore Saule o tlile lefeelleng ho tla mo batla. 4 Kahoo, Davida a romela lihloela hore li e’o sheba hore na kannete Saule o tlile. 5 Hamorao Davida a ea sebakeng seo Saule a neng a hlomme litente ho sona ’me Davida a bona moo Saule a robetseng teng hammoho le Abnere+ mora oa Nere e leng molaoli oa lebotho la hae. Saule o ne a robetse, a pota-potiloe ke masole a hae. 6 Eaba Davida o re ho Akimeleke oa Mohethe+ le ho Abishai+ mora oa Tseruja,+ abuti oa Joabe: “Ke mang ea tla theohela le ’na litenteng ho Saule?” Abishai a araba a re: “Ke tla tsamaea le uena.” 7 Davida a tsamaea le Abishai ’me ba ea litenteng tsa masole ao bosiu. Ba fumana Saule a robetse bohareng ba litente, lerumo la hae le hlonngoe fatše pel’a hlooho ea hae. Abnere le masole a mang ba ne ba robetse ba mo pota-potile.

8 Abishai a re ho Davida: “Kajeno Molimo o nehelane ka sera sa hao letsohong la hao.+ Ke kopa u ntumelle hore ke mo hlabelle fatše ka lerumo hanngoe feela. Ho ke ke ha hlokahala hore ke mo phete.” 9 Leha ho le joalo, Davida a re ho Abishai: “U se ke oa mo lematsa kaha ha ho na motho ea ka lematsang motlotsuoa oa Jehova+ ebe o lula a se na molato.”+ 10 Davida a tsoela pele ho re: “Ke hlapanya ka Jehova ea phelang hore Jehova ka boeena o tla mo bolaea+ kapa hore ka le leng+ o tla shoa joaloka batho ba bang bohle kapa o tla ea ntoeng ’me a bolaoe.+ 11 Ho hang Jehova a ke ke a lumela hore ke ntše motlotsuoa oa Jehova+ kotsi. Ke kopa u nke lerumo le pel’a hlooho ea hae le jeke ea metsi ’me re tsamaee.” 12 Kahoo, Davida a nka lerumo le jeke ea metsi e neng e le pel’a hlooho ea Saule ’me ba tsamaea. Ha ho na motho ea ileng a ba bona,+ a ba hlokomela kapa a tsoha hobane kaofela ba ne ba khalehile kaha Jehova o ne a entse hore ba be le boroko bo tebileng. 13 Joale Davida a tšelela ka lehlakoreng le leng ’me a ema holim’a thaba holenyana, ho ne ho setse sebaka se seholo pakeng tsa bona.

14 Davida a hoeletsa masole hammoho le Abnere+ mora oa Nere a re: “Abnere, ha u arabe ke’ng?” Abnere a re: “U mang uena ea hoeletsang morena?” 15 Davida a re ho Abnere: “Ke ne ke nahana hore u monna ea sebete le hore ha ho na monna ea tšoanang le uena Iseraele. Joale ke hobane’ng ha u sa lebela morena oa hao? Le leng la masole le ne le tlile ho tla bolaea morena oa hao.+ 16 Ntho eo u e entseng ha e ntle. Ke hlapanya ka Jehova Molimo ea phelang hore le tšoaneloa ke ho shoa hobane ha lea ka la lebela khosi ea lona e leng motlotsuoa oa Jehova.+ Shebang pel’a lona. Le kae lerumo la morena le jeke ea metsi+ tse neng li le pel’a hlooho ea hae?”

17 Saule a utloa lentsoe la Davida ’me a re: “Davida mora oa ka, na ke uena ea buang?”+ Davida a re: “Ke ’na ea buang moren’a ka.” 18 A boela a re: “Ke hobane’ng ha moren’a ka a lelekisa mohlanka oa hae?+ Ke entse’ng ’me ke na le molato ofe?+ 19 Moren’a ka, ke kopa u mamele mantsoe a mohlanka oa hao: Haeba ke Jehova ea u susumelitseng hore u ntoantše, e se eka a ka amohela* nyehelo ea ka ea lijo.* Empa haeba u susumelitsoe ke batho,+ ba rohakiloe ka pel’a Jehova hobane kajeno ba ntelekile har’a batho* ba Jehova+ ba re, ‘Tsamaea u e’o sebeletsa melimo e meng.’ 20 U se ke oa tlohela mali a ka hore a tšolohele fatše hole le sefahleho sa Jehova hobane morena oa Iseraele o batlana le letsetse le le leng+ joalokaha eka o lelekisa nonyana ea naheng lithabeng.”

21 Eaba Saule o re: “Ke entse sebe.+ Khutla Davida mora oa ka hobane ha ke sa tla hlola ke u ntša kotsi kaha kajeno u ile oa nka bophelo ba ka e le ba bohlokoa.+ Kannete ke entse booatla ebile ke entse phoso e kholo.” 22 Davida a re: “Lerumo la morena ke lena. E-re e mong oa bahlanka a tle a tl’o le nka. 23 Jehova ke eena ea tla putsa motho e mong le e mong ho latela liketso tsa hae tse lokileng+ le ho latela botšepehi ba hae hobane kajeno Jehova o nehelane ka uena letsohong la ka empa ke ne ke sa batle ho ntša motlotsuoa oa Jehova kotsi.+ 24 Feela joalokaha ke ile ka nka bophelo ba hao e le ba bohlokoa kajeno, e se eka bophelo ba ka e ka ba ba bohlokoa mahlong a Jehova ’me e se eka a ka ntopolla mahlomoleng ’ohle.”+ 25 Saule a araba Davida a re: “E se eka u ka hlohonolofatsoa, Davida mora oa ka. U tla etsa lintho tse ngata ’me u tla atleha.”+ Ka mor’a moo, Davida a tsamaea eaba Saule o khutlela ha hae.+

27 Leha ho le joalo, Davida a re ka pelong: “Ka letsatsi le leng Saule o tla mpolaea. Ho molemo hore ke balehele+ naheng ea Bafilista. Saule o tla tlohela ho mpatla naheng eohle ea Iseraele+ ’me ke tla phonyoha letsohong la hae.” 2 Kahoo, Davida a tloha le banna ba 600+ ba neng ba e-na le eena ’me ba ea ho Akishe+ mora oa Maoke, morena oa Gathe. 3 Davida hammoho le banna ba hae ba lula le Akishe Gathe, monna e mong le e mong a e-na le ba lelapa la hae. Davida o ne a e-na le basali ba hae ba babeli e leng Akinoame+ oa Mojezriele le Abigaile+ oa Mokarmele, eo e neng e le mosali oa Nabale. 4 Ha Saule a bolelloa hore Davida o balehetse Gathe, a tlohela ho mo batla.+

5 Davida a re ho Akishe: “Haeba u ntumella, ke kopa u mphe sebaka ho e meng ea metse e ka thoko e le hore nka lula moo. Ha ho hlokahale hore mohlanka oa hao a lule motseng oa borena le uena.” 6 Kahoo, Akishe a mo fa Ziklage+ letsatsing leo. Ke ka lebaka leo Ziklage e leng ea marena a Juda ho fihlela letsatsing lena.

7 Nako* eo Davida a e lutseng libakeng tse ka thoko tsa Bafilista e bile selemo le likhoeli tse ’nè.+ 8 Davida o ne a tloaetse ho nyoloha le banna ba hae ho ea hlasela Bageshure,+ Bagireze le Baamaleke+ hobane ba ne ba lula naheng e tlohang Telame ho ea fihla Shure+ le ho ea fihla moeling oa naha ea Egepeta. 9 Ha Davida a hlasela naha, o ne a bolaea banna hammoho le basali kaofela+ empa o ne a nka linku le lipoli, likhomo, litonki, likamele le liaparo ebe o khutlela ho Akishe. 10 Akishe o ne a mo botsa a re: “Le ne le hlasetse sebaka sefe kajeno?” Ebe Davida o re: “Re hlasetse sebaka se ka boroa* ho Juda”+ kapa “Re hlasetse sebaka se ka boroa ho Bajeramiele”+ kapa “Re hlasetse sebaka se ka boroa ho Bakene.”+ 11 Davida ha aa ka a tlohela monna kapa mosali leha e le ofe hore a phele ’me a tlisoe Gathe hobane o ne a re: “E le hore ba se ke ba ba bolella ka rona ’me ba re, ‘Davida o entse tjena.’” (O ne a tloaetse ho etsa joalo ka nako eohle eo ka eona a lutseng libakeng tse ka thoko tsa Bafilista.) 12 Kahoo, Akishe a kholoa Davida ’me a re ka pelong: “Batho ba habo ba Iseraele ba mo hloile. Kahoo, o tla lula e le lekhoba la ka.”

28 Matsatsing ao Bafilista ba bokella masole a bona hore ba e’o loantša Baiseraele.+ Kahoo, Akishe a re ho Davida: “Oa tseba hore uena le banna ba hao le tl’o ea ntoeng le ’na.”+ 2 Eaba Davida o re ho Akishe: “U tseba hantle seo mohlanka oa hao a tl’o se etsa.” Akishe a re ho Davida: “Ke ka lebaka leo ke tla u beha hore u lule u le molebeli oa ka.”*+

3 Samuele o ne a se a shoele ’me Baiseraele bohle ba ne ba ile ba mo llela ’me ba mo pata Rama motseng oa habo.+ Saule o ne a tlositse batho ba buisanang le balimo naheng hammoho le batho ba reng ba bolela liketsahalo esale pele.*+

4 Bafilista ba bokana ’me ba ea Shuneme,+ ba hloma litente tsa bona moo. Saule a bokella masole ’ohle a hae ’me a hloma litente tsa ’ona Gilboa.+ 5 Ha Saule a bona litente tsa Bafilista, a thothomela ke tšabo.+ 6 Le hoja Saule a ne a botsa Jehova,+ le ka mohla Jehova o ne a sa mo arabe ebang ke ka litoro, ka Urime+ kapa ka baprofeta. 7 Qetellong Saule a re ho bahlanka ba hae: “Mpatleleng mosali ea reng o buisana le balimo+ ’me ke tla e’o batla keletso ho eena.” Bahlanka ba hae ba re ho eena: “Ho na le mosali ea reng o buisana le balimo Ene-dore.”+

8 Kahoo, Saule a ikhakanya ’me a apara liaparo tse ling eaba o ea ho mosali eo bosiu a tsamaea le banna ba babeli. A re: “Ke kopa u mpolelle bokamoso u sebelisa bokhoni ba hao ba ho buisana le balimo+ ’me u mpitsetse motho eo ke tla u kopa hore u mo bitse.” 9 Leha ho le joalo, mosali eo a re ho eena: “E tlameha ebe oa tseba hore na Saule o entse’ng. O tlositse batho ba buisanang le balimo le batho ba reng ba bolela liketsahalo esale pele.+ Joale ke hobane’ng ha u leka ho ncheha hore ke tle ke bolaoe?”+ 10 Eaba Saule o mo hlapanyetsa ka Jehova o re: “Ke u hlapanyetsa ka Jehova ea phelang, u ke ke oa ba le molato leha e le ofe tabeng ena.” 11 Mosali eo a re: “Ke u bitsetse mang?” Saule a re: “Mpitsetse Samuele.” 12 Ha mosali eo a bona “Samuele,”*+ a hoeletsa haholo ’me a re ho Saule: “Ke hobane’ng ha u nqhekeletse? U Saule!” 13 Morena a re ho eena: “U se ke oa tšoha. U bona’ng?” Mosali eo a re ho Saule: “Ke bona eo e kang ke molimo a nyoloha fatše.” 14 Hang-hang a re ho eena: “U shebahala joang?” Eaba o re: “Ke monna-moholo ea nyolohang ’me o apere seaparo se se nang matsoho.”+ Eaba Saule oa hlokomela hore e ne e le “Samuele” ’me a inamela fatše ka sefahleho a khumama.

15 Eaba “Samuele” o re ho Saule: “Ke hobane’ng ha u nkhathalitse ka ho etsa hore ke bitsoe?” Saule a re: “Ke tsietsing. Bafilista baa ntoantša ’me Molimo o mphuralletse ebile ha a sa nkaraba ebang ke ka baprofeta kapa ka litoro.+ Ke ka lebaka leo ke u bitsitseng hore u mpolelle hore na ke etse’ng.”+

16 “Samuele” a re: “U mpotsetsa’ng ha e le moo Jehova a u furaletse+ ’me e se e le mohanyetsi oa hao? 17 Jehova o tla etsa seo a ileng a se bua esale pele a sebelisa ’na: Jehova o tla nka puso matsohong a hao ’me a e fe oa heno e leng Davida.+ 18 Kajeno Jehova o etsa sena ho uena hobane ha oa ka oa mamela Jehova ’me ha oa ka oa felisa Baamaleke ba neng ba mo halefisitse haholo.+ 19 Hape Jehova o tla lumella Bafilista+ hore ba hlole Baiseraele hammoho le uena ’me hosane uena+ le bara ba hao+ le tla ba le ’na. Jehova o tla etsa hore Bafilista ba hlole masole a Baiseraele.”+

20 Hang-hang Saule a oela fatše ’me a tšoha haholo ka lebaka la mantsoe a “Samuele.” O ne a se na matla hobane o ne a qetile letsatsi lohle le bosiu bohle a sa je lijo. 21 Ha mosali eo a tla ho Saule ’me a bona hore o ferekane haholo, a re ho eena: “ ’Na mohlanka oa hao ke mametse seo u se buileng ’me ka beha bophelo ba ka kotsing+ eaba ke etsa seo u itseng ke se etse. 22 Joale, ke kopa u mamele seo mohlanka oa hao a se buang. E-re ke u fe bohobe bo bonyenyane ’me u je hore u be le matla a hore u khone ho tsamaea.” 23 Empa a hana ’me a re: “Nke ke ka ja.” Leha ho le joalo, bahlanka ba hae le mosali eo ba ’na ba mo phehella. Qetellong a ba mamela, a phahama fatše ’me a lula betheng. 24 Mosali eo o ne a e-na le namane e nonneng ka tlung eaba o e hlaba* ka potlako. A nka phofo a luba hlama eaba o etsa bohobe bo se nang tomoso. 25 A li ngoathela Saule le bahlanka ba hae ’me ba ja. Ka mor’a moo, ba ema ’me ba tsamaea bosiung boo.+

29 Bafilista+ ba bokella mabotho ’ohle a bona Afeke, ha Baiseraele ba ntse ba hlomme litente tsa bona haufi le seliba se Jezriele.+ 2 Marena a Bafilista a ne a feta le masole a ’ona a lihlopha tsa ba 100 le a lihlopha tsa ba 1 000 ’me Davida le banna ba hae ba ne ba tsamaea ka mor’a masole ao ba e-na le Akishe.+ 3 Empa likhosana tsa Bafilista tsa re: “Baheberu baa ba batla’ng moo?” Akishe a re ho likhosana tsa Bafilista: “Enoa ke Davida, mohlanka oa morena Saule oa Iseraele, ea seng a qetile nako e fetang selemo a e-na le ’na.+ Ha ke e-s’o fumane phoso leha e le efe ho eena ho tloha letsatsing leo a balehetseng ho ’na ho fihlela kajeno.” 4 Empa likhosana tsa Bafilista tsa mo halefela ’me tsa re ho eena: “Khutlisa monna enoa.+ E re a khutlele sebakeng seo u mo fileng sona. U se ke oa mo lumella hore a ee le rona ntoeng e le hore a se ke a re fetohela ha re ntse re loana.+ O tla batla ho khahlisa morena oa hae ka ho mo tlisetsa lihlooho tsa banna ba rona. 5 Na eo ha se Davida eloa eo ha ba ntse ba tantša ba neng ba bina ka eena ba re:

‘Saule o bolaile ba likete,

Davida eena o bolaile ba likete tse mashome’?”+

6 Kahoo, Akishe+ a bitsa Davida ’me a re ho eena: “Ke hlapanya ka Jehova ea phelang, u motho ea lokileng ’me nka thabela hore u ee ntoeng le masole a ka+ hobane ha ke e-s’o fumane phoso leha e le efe ho uena ho tloha letsatsing leo u tlileng ho ’na ka lona ho fihlela kajeno.+ Empa marena ha a u tšepe.+ 7 Kahoo, khutla ka khotso ’me u se ke oa etsa letho le tla khopisa marena a Bafilista.” 8 Leha ho le joalo, Davida a re ho Akishe: “Hobane’ng? Ke entse’ng? Ke phoso efe eo u e fumaneng ho ’na mohlanka oa hao ho tloha letsatsing leo ke fihlileng ho uena ka lona ho fihlela kajeno? Na ha kea lokela ho tsamaea le uena ho ea loantša lira tsa hao moren’a ka?” 9 Akishe a re ho Davida: “Ho ea ka ’na, haesale u lokile joaloka lengeloi la Molimo.+ Empa likhosana tsa Bafilista li itse, ‘U se ke oa mo lumella hore a tle ntoeng le rona.’ 10 Uena le banna ba tlileng le uena le tsohe esale hoseng ’me le tsamaee hang ha letsatsi le chaba.”

11 Kahoo, Davida le banna ba hae ba tsoha esale hoseng ’me ba khutlela naheng ea Bafilista eaba Bafilista ba nyolohela Jezriele.+

30 Ha Davida le banna ba hae ba fihla Ziklage+ ka letsatsi la boraro, ba fumana Baamaleke+ ba futuhetse sebaka se ka boroa* le Ziklage. Ba ne ba hlasetse Ziklage ba bile ba e chesitse. 2 Ba ne ba nkile basali+ le bohle ba neng ba le motseng, ba nkile ba banyenyane hammoho le ba baholo. Ha ho na motho eo ba ileng ba mo bolaea empa ba ile ba ba nka ba tsamaea le bona. 3 Ha Davida le banna ba hae ba khutlela motseng, ba fumana o chesitsoe ’me basali ba bona le bana ba bona ba nkiloe ba isitsoe botlamuoeng. 4 Kahoo, Davida le banna ba neng ba e-na le eena ba lla haholo ho fihlela ba se ba se na matla a ho lla. 5 Basali ba babeli ba Davida le bona ba ne ba nkiloe ba isitsoe botlamuoeng e leng Akinoame mosali oa Mojezriele le Abigaile eo e kileng ea e-ba mosali oa Nabale oa Mokarmele.+ 6 Davida o ne a tšoenyehile haholo hobane banna bao ba ne ba batla ho mo tlepetsa ka majoe kaha kaofela ba ne ba halefile haholo ka lebaka la ho lahleheloa ke bana ba bona. Empa Davida a imatlafatsa ka Jehova Molimo oa hae.+

7 Eaba Davida o re ho moprista Abiathare,+ mora oa Akimeleke: “Ke kopa u tlise efoda mona.”+ Kahoo, Abiathare a tlisa efoda ho Davida. 8 Davida a re ho Jehova:+ “Na ke lelekise banna baa ba hlasetseng motse? Na ke tla ba hlola?” Eaba Molimo o re ho eena: “Ba lelekise hobane u tla ba hlola ’me u tla khutla le lintho tsohle le batho bohle.”+

9 Hang-hang Davida a tsamaea le banna ba 600+ ba neng ba e-na le eena ’me ba tsamaea ho ea fihla Khohlong* ea Besore, moo banna ba bang ba ileng ba sala teng. 10 Davida a tsoela pele ho lelekisa banna bao a e-na le banna ba 400 empa banna ba 200 ba neng ba se ba khathetse haholo hore ba ka tšela Khohlo ea Besore, ba ile ba sala.+

11 Ba fumana monna e mong oa Moegepeta naheng eaba ba mo tlisa ho Davida. Ba mo fa lijo hore a je, metsi hore a noe 12 hammoho le sengoathoana sa polokoe ea lifeie* tse omisitsoeng le lipolokoe tse peli tsa morara o omisitsoeng. Ka mor’a hore a je, a boela a ba le matla hobane o ne a qetile matsatsi a mararo le masiu a mararo a sa je lijo a bile a sa noe le metsi. 13 Joale Davida a re ho eena: “U mohlanka oa mang hona u tsoa hokae?” Eaba o re: “Ke Moegepeta, lekhoba la monna oa Moamaleke empa mong’a ka o ile a ntšiea hobane ke ile ka kula matsatsing a mararo a fetileng. 14 Re ile ra hlasela ka boroa* ho naha ea Bakerethe+ le naha ea Juda le ka boroa* ho naha ea Kalebe+ ’me ra chesa Ziklage.” 15 Eaba Davida o re ho eena: “Na u tla nkisa ho banna bao?” A mo araba a re: “Ke tla u isa ho bona haeba u ka ntlhapanyetsa ka Molimo hore u ke ke oa mpolaea le hore u ke ke oa fana ka ’na ho mong’a ka.”

16 A mo isa moo ba neng ba hasane naheng eohle, ba ja, ba noa ’me ba keteka ka lebaka la lintho tse ngata tseo ba neng ba li nkile naheng ea Bafilista le naheng ea Juda. 17 Eaba Davida o ba bolaea ho tloha mesong ho fihlela mantsiboea. Ha ho na motho ea ileng a phonyoha+ haese banna ba 400 ba ileng ba baleha ka likamele. 18 Davida a nka lintho tsohle tseo Baamaleke ba neng ba li nkile+ ’me Davida a lopolla le basali ba hae ba babeli. 19 Ba ile ba fumana lintho tsohle tsa bona, tse nyenyane le tse kholo. Ba nka bara ba bona le barali ba bona le thepa e hapuoeng.+ Davida a nka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba neng ba e nkile. 20 A nka mehlape eohle ea linku le lipoli le ea liphoofolo tse kholo ’me ba e khanna ka pel’a mehlape ea bona ba re: “Ena ke thepa e hapuoeng ea Davida.”

21 Davida a fihla ho banna ba 200 ba ileng ba sala Khohlong ea Besore hobane ba ne ba khathetse haholo hore ba ka tsamaea le Davida.+ Ba ile ba tla ’me ba khahlanyetsa Davida le batho ba neng ba e-na le eena. Ha Davida a fihla ho banna bao, a ba botsa hore na ba ntse ba e-ea joang. 22 Leha ho le joalo, banna bohle ba khopo le ba se nang molemo har’a banna ba neng ba tsamaile le Davida ba re: “Kaha ha baa tsamaea le rona, re ke ke ra ba fa thepa leha e le efe e hapuoeng eo re tlileng le eona, ha e se hore e mong le e mong a nke mosali oa hae le bara ba hae ’me a tsamaee.” 23 Empa Davida a re: “Bana beso le se ke la etsa tjena ka lintho tseo Jehova a re fileng tsona. O re sirelelitse ’me a re thusa hore re hlole banna ba neng ba re hlasetse.+ 24 Ke mang ea ka lumellanang le lona tabeng ee? Ba tsoang ntoeng ba tla fumana karolo e lekanang le ea ba neng ba setse le thoto.+ Bohle ba tla fumana lintho ka ho lekana.”+ 25 Ho tloha letsatsing leo ho ea pele, o ile a etsa hore ebe molao oa Iseraele ho tla fihlela kajeno.

26 Ha Davida a fihla Ziklage, a romela thepa e ’ngoe e hapuoeng ho baholo ba Juda bao e neng e le metsoalle ea hae a re: “Mpho* ea lona ke ena e tsoang ho thepa e hapuoeng ea lira tsa Jehova.” 27 O ile a e romela ho ba leng Bethele,+ ho ba leng Ramothe ea Negebe,* ho ba leng Jatire,+ 28 ho ba leng Aroere, ho ba leng Sifmothe le ho ba leng Eshtemooa.+ 29 A e romela le ho ba leng Rakale, ho ba leng metseng ea Bajeramiele,+ ho ba leng metseng ea Bakene,+ 30 ho ba leng Horma,+ ho ba leng Borashane, ho ba leng Athake, 31 ho ba leng Hebrone+ le libakeng tsohle tseo Davida le banna ba hae ba neng ba atisa ho ea ho tsona.

31 Bafilista ba ne ba loantša Baiseraele.+ Eaba banna ba Iseraele ba baleha Bafilista ’me ba bangata ba bona ba shoella Thabeng ea Gilboa.+ 2 Bafilista ba ’na ba lelekisa Saule le bara ba hae ’me Bafilista ba bolaea Jonathane,+ Abinadabe le Malki-shua e leng bara ba Saule.+ 3 Ntoa ea ’na ea e-ba boima bakeng sa Saule. Banna ba betsang metsu ba mo fumana ’me ba mo lematsa haholo.+ 4 Eaba Saule o re ho mojari oa lihlomo tsa hae: “Ntša sabole ea hao ’me u ntlhabe ka eona e le hore banna bana ba sa bollang+ ba se ke ba tla ’me ba ntlhaba eaba ba nketsa hampe.”* Empa mojari oa lihlomo tsa hae o ne a sa batle hobane o ne a tšohile haholo. Kahoo, Saule a nka sabole ’me a itihela holim’a eona.+ 5 Ha mojari oa lihlomo tsa hae a bona hore Saule o shoele+ le eena a itihela holim’a sabole ea hae ’me a shoa le Saule. 6 Kahoo Saule, bara ba hae ba bararo, mojari oa lihlomo tsa hae hammoho le banna bohle ba hae, ba shoa kaofela ka letsatsi leo.+ 7 Ha batho ba Iseraele ba neng ba le khohlong* le ba neng ba le Jordane ba bona hore masole a Iseraele a balehile le hore Saule le bara ba hae ba shoele, ba tloha metseng ea bona ba baleha.+ Bafilista ba tla ’me ba lula metseng eo.

8 Letsatsing le hlahlamang, ha Bafilista ba tla ba tl’o nkela batho ba bolailoeng lintho tsa bona, ba fumana Saule le bara ba hae ba bararo ba shoele Thabeng ea Gilboa.+ 9 Kahoo, ba mo khaola hlooho ’me ba nka lihlomo tsa hae eaba ba romela batho naheng eohle ea Bafilista hore ba ise molaetsa+ ka litempeleng tsa litšoantšo tsa bona+ le ho batho bohle. 10 Eaba ba beha seaparo sa hae sa tšireletso ka tempeleng ea litšoantšo tsa Ashtorethe ’me ba tlamella setopo sa hae lerakong la Bethe-shane.+ 11 Ha baahi ba Jabeshe-gileade+ ba utloa seo Bafilista ba se entseng ho Saule, 12 banna bohle ba sebete ba tsamaea bosiu bohle ho ea tlosa setopo sa Saule le tsa bara ba hae lerakong la Bethe-shane. Ba khutlela Jabeshe ’me ba li chesetsa moo. 13 Ba nka masapo a tsona+ ’me ba a pata tlas’a sefate sa tamariske se Jabeshe+ eaba ba itima lijo ka matsatsi a supileng.

Kapa: “oa Rama, Mozufe.”

Elkana o ne a lula Efraime empa e ne e le Molevi. Sheba 1Likr 6:19, 22-28.

Kapa: “khumamela.”

Kapa: “ha ho lehare le tla feta hloohong ea hae.”

Ka Seheberu: “tšollela.”

Kapa mohlomong: “ka mor’a nako e lebeletsoeng.”

E bolelang “Lebitso la Molimo.”

Ka Seheberu: “o tla hlaha ka pel’a Jehova.”

E leng ha ngoana a tlohelisitsoe ho nyanya.

Ka Seheberu: “se molemo mahlong a hao.”

Ka Seheberu: “efa e le ’ngoe.” Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “alima.”

E ka ’na eaba ho buuoa ka Elkana.

Kapa: “Lenaka la ka le phahamisitsoe ke Jehova.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “Nyopa.”

Ka Seheberu: “o omeletse.”

Kapa: “o boloka bophelo.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.”

Kapa mohlomong: “thotobolong.”

Kapa mohlomong: “Ba loantšang Jehova ba tla haroha matsoalo.”

Kapa: “A phahamise lenaka la motlotsuoa oa hae.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ea e-ba mosebeletsi oa.”

Ka Seheberu: “a itlama ka.”

Ho ka etsahala hore ebe ho buuoa ka seaparo sa baprista se kang foreskoto e nang le karolo e ka pele le e ka morao.

Ka Seheberu: “alimileng.”

Kapa mohlomong: “Molimo o tla mo ahlolela.”

Kapa mohlomong: “ho etsa hore mosi oa sehlabelo o kubelle.”

Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”

Ka Seheberu: “raha.”

Ka Seheberu: “ba tsamaea ka pel’a ka.”

Ka Seheberu: “letsoho.”

E leng tabernakeleng.

Ka Seheberu: “a se ke a oela fatše.”

Ka Seheberu: “Ke hobane’ng ha Jehova a re hlotse kajeno?”

Kapa mohlomong: “lipakeng tsa.”

Kapa: “ha aa ka a ba nkela hloohong.”

E bolelang “Khanya e Hokae?”

Kapa: “tempeleng.”

Ka Seheberu: “Ke Dagone Feela.”

Methapo ea ka morao moo ho tsoang mantle.

Ka Seheberu: “banna ba 70, banna ba 50 000.”

Kapa: “llela.”

E bolelang “Lejoe la Thuso.” E fapane le “Ebenezere” e hlahang ho 4:1 le 5:1.

Ka Seheberu: “e ne e le ntho e mpe mahlong a.”

Kapa: “ba etsang linkhisa-monate.”

Ka Seheberu: “litonki tse tšehali.”

Ka Seheberu: “kotara ea shekele.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “o tla boloka sechaba sa ka se le ka har’a meeli.”

Ka Seheberu: “lintho tsohle tse ka pelong ea hao.”

Ka Seheberu: “lefa.”

Ka Seheberu: “lipontšo.”

Kapa: “maloko.”

Ka Seheberu: “Empa o ne a tšoana le motho ea sa khoneng ho bua.”

Kapa: “tumellano.”

Ka Seheberu: “Gibea ea Saule.”

E leng hoo e ka bang pakeng tsa hora ea bobeli mesong ho ea ho ea botšelela hoseng.

Ka Seheberu: “Ke mametse lentsoe la lona mabapi le.”

Ka Seheberu: “ea tla tsamaea ka pel’a lona.”

Ka Seheberu: “ha lea fumana letho letsohong la ka.”

Kapa: “kannete.”

Palo ena ha e hlahe ka Mangolong a khale a Seheberu.

Ka Seheberu: “ho mo hlohonolofatsa.”

Ka Seheberu: “pime.” Ena ke tekanyo ea boima ea mehleng ea khale. Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “le bohole ba halofo ea tšimo eo likhomo tse peli li ka e lemang ka letsatsi le le leng.” Sebaka se ka etsang halofo ea akere.

Ka Seheberu: “letsatsing leo.”

Ka Seheberu: “Khutlisa letsoho la hao.”

Ka Seheberu: “mahlo a hae a khanya.”

Kapa: “pholohe.”

Ka Seheberu: “hore ho hang ha ho moriri leha o le mong oa hae o lokelang ho oela fatše.”

Ka Seheberu: “lopolla.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “la bontša lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “utloile bohloko.”

Kapa: “pilara.”

Kapa: “ha baa ka ba bolaea.”

Kapa: “nku e tona.”

Ka Seheberu: “litšoantšo tsa terafime” e leng melimo ea litšoantšo ea ka tlung.

Kapa: “a ikoahlaea.”

Kapa mohlomong: “ka sebete.”

Ka Seheberu: “Kannete bohloko ba lefu bo fetile.”

Ho bolelang ho itlhoekisa ho latela Molao oa Molimo.

Ho bolelang ho hloekisa ho latela Molao oa Molimo.

Mokotla oa letlalo o tšelang metsi.

Kapa: “Phuleng.”

E leng lesole le emelang masole a habo lona ntoeng.

Ka Seheberu: “litsoe tse tšeletseng le boahlamo ba seatla.” Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “lishekele tse 5 000.” Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “lishekele tse 600.” Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “efa e le ’ngoe.” Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “harese.”

Ka Seheberu: “lebese.”

Kapa: “Phuleng.”

Kapa: “phephetsa.”

Kapa: “monna oa ntoa.”

Kapa: “ka litlena.” Ka Seheberu: “ka litelu.”

Kapa: “o phephelitse.”

Ka Seheberu: “marong a tau le marong a bere.”

Kapa: “khohlong.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “phephelitseng.”

Ka Seheberu: “Phutheho ena eohle.”

Sepache sa sabole se entsoeng ka letlalo.

Kapa: “Jonathane le Davida ba khomarelana.”

Kapa: “selekane.”

Kapa: “etsa lintho ka bohlale.”

Kapa: “a itšoara joaloka moprofeta.”

Kapa: “etsa lintho ka bohlale.”

Kapa: “u tla etsa tumellano ea lenyalo le ’na.”

Kapa: “a etsa lintho ka bohlale.”

E leng Goliathe.

Kapa: “a etsa hore ba hlole.”

Kapa: “molimo oa setšoantšo oa ka tlung.”

Kapa: “molimo oa setšoantšo oa ka tlung.”

Kapa: “a setse ka liaparo tsa ka hare feela.”

Kapa: “U bontše lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “selekane.”

Ka Seheberu: “Davida.”

Ka Seheberu: “Jonathane.”

Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ho bontša lerato le tšepahalang ho.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “Davida.”

Kapa: “selekane.”

Kapa: “ka letsatsi la ho sebetsa.”

Ka Seheberu: “bakeng sa ho tlotlolla bofeela ba ’me oa hao?”

Ka Seheberu: “e mong a suna e mong.” Mehleng ea Bibele motho o ne a suna e mong ho bontša hore ke metsoalle.

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “haeba ba sa robala le basali.”

Kapa: “Phuleng.”

Ka Seheberu: “matsohong a bona.”

Ka Seheberu: “limathi.”

Ka Seheberu: “o nthekiselitse eena.”

Kapa mohlomong: “beng ba naha.”

Kapa mohlomong: “o ne a tšohile hobane.”

Ka Seheberu: “a matlafatsa letsoho la hae.”

Ka Seheberu: “ka lehlakoreng le letona.”

Kapa mohlomong: “lehoatata; lefeella.”

Kapa: “maloko.”

Kapa: “pelo ea hae ea ’na ea mo otla.”

Kapa mohlomong: “a qhalakanya.”

Ka Seheberu: “peo.”

Mona ho buuoa ka motse o Juda, eseng Thaba ea Karmele.

Kapa: “e se eka le ka ba le khotso.”

Ka Seheberu: “letsatsi le letle.”

Ka Seheberu: “liseah tse hlano.” Seah e le ’ngoe e lekana le lilithara tse 7,33. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “lifeiga.”

Kapa mohlomong: “a ka mpha kotlo.”

Ka Seheberu: “mang kapa mang ea ntšetsang metsi lerakong.” Ona ke mokhabo-puo oa Seheberu o sebelisoang ho nyatsa banna.

E bolelang “Ho Hloka Kelello; Booatla.”

Kapa: “oa itopolla.”

Ka Seheberu: “tlhohonolofatso.”

Kapa: “ho itopolla.”

Kapa: “ho itopolla.”

Ka Seheberu: “mang kapa mang ea ntšetsang metsi lerakong.” Ona ke mokhabo-puo oa Seheberu o sebelisoang ho nyatsa banna.

Ka Seheberu: “pelo ea Nabale.”

Kapa mohlomong: “lehoatata; lefeella.”

Ka Seheberu: “fofonela.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lefa.” E ka ’na eaba ho buuoa ka batho le naha eo ba e filoeng e le lefa.

Ka Seheberu: “Palo ea matsatsi.”

Kapa: “Negebe.”

Ka Seheberu: “u be mohlokomeli oa hlooho ea ka ka matsatsi ohle.”

Kapa: “mathuela.”

Kapa: “ntho e neng e bonahala eka ke Samuele.”

Kapa: “a e etsa sehlabelo.”

Kapa: “Negebe.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “lifeiga.”

Kapa: “Negebe.”

Kapa: “Negebe.”

Ka Seheberu: “Tlhohonolofatso.”

Kapa: “ka boroa.”

Kapa: “eaba baa ntlhekefetsa.”

Kapa: “phuleng.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela